Tsa Mona le Mane
◼ Ho latela phuputso e ’ngoe e entsoeng, “batho ba buang ka fono ha ba ntse ba khanna, esita le haeba ba sa e tšoara ka letsoho, ba tšoana le bakhanni ba noeleng.”—REUTERS NEWS SERVICE, U.S.A.
◼ Libeseng tsa sechaba Guatemala City, ho bile le liketsahalo tse 30 200 tsa bosholu ba boqhobane likhoeling tse hlano tse qalang tsa 2006. Bakhanni ba libese kapa bathusi ba bona ba 14 hammoho le bapalami ba 10 ba ile ba bolaoa.—PRENSA LIBRE, GUATEMALA.
◼ Lichabeng tse 124 tse ileng tsa kenella patlisisong ea WHO tabeng ea mali a bokelloang le mokhoa oa ho a hlahloba, tse 56 “ha lia ka tsa hlahloba mali ’ohle a fanoeng bakeng sa HIV, lefu la sebete la mofuta oa B le C hammoho le mokaola.”—MOKHATLO OA LEFATŠE OA BOPHELO, SWITZERLAND.
◼ Palo ea Maaustralia a lulang hammoho pele a nyalana e eketsehile ho tloha ho liphesente tse 5 lilemong tsa bo-1960 ho fihla ho liphesente tse ka holimo ho 70 ka 2003.—UNIVESITHI EA MELBOURNE, AUSTRALIA.
Lefu la Tsoekere—Seoa se Aparetseng Lefatše Lohle
Koranta ea The New York Times e re boitsebiso bo tsoang Mokhatlong oa Machaba oa Lefu la Tsoekere o bolela hore lilemong tse 20 tse fetileng, palo ea batho ba fumanoeng ba tšoeroe ke lefu la tsoekere lefatšeng ka bophara e eketsehile ho tloha ho ba limilione li 30 ho ea ho ba limilione li 230. Linaheng tse leshome tse nang le palo e holimo ka ho fetisisa ea ba nang le lefu lena, tse supileng tsa tsona ke linaha tse hulang ka thata moruong. Dr. Martin Silink, eo e leng mopresidente oa mokhatlo ona o itse: “Lefu la tsoekere ke le leng la mafu a bakang tlokotsi ka ho fetisisa ho a kileng a e-ba teng lefatšeng.” Koranta eo e re: “Lichabeng tse ling tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng, lefu lena le bolaea batho ka potlako.”
Seporo sa Terene se Phahameng ka ho Fetisisa Lefatšeng
Seporo sa terene se phahameng ka ho fetisisa lefatšeng, se ileng sa khakoloa ka July 2006, se kopanya Beijing le motse-moholo oa Tibet, e leng Lhasa, ’me se bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 4 000. The New York Times, e re: “Seporo sena se bontša tsebo e tsotehang ea boenjiniere, kaha se haola sebakeng se sa tsitsang seo mobu oa sona o lulang o hoamme ke leqhoa, ’me se bophahamong ba limithara tse fetang 4 800 ka holim’a bophahamo ba leoatle.” Qaka e ’ngoe e ileng ea hlōloa ke baenjiniere e bile ea ho etsa bonnete ba hore moralo oa seporo o ba sebakeng se lulang se le leqhoa selemo ho pota ho etsa hore se tsitse. Se bophahamong bo etsang hore e be tlamo hore makareche a fepeloe ka moea, ’me mopalami ka mong o bile o kenyelitsoe oksijene ka ho ’ona.
“Liithuti ka Lebitso”
Koranta ea Le Figaro e tlaleha hore ho liithuti tse ling le tse ling tse lekholo tse ngolisitseng univesithing e ’ngoe ea Fora ho tla ithutela lingoloa tsa puo, tse 10 ho isa ho tse 20 “ha ho mohla li tlang lithutong.” Tse ling li sebelisa monyetla oa ho ba liithuti e le hore li ka fumana lithuso tsa sechaba le ho fumana litheolelo tse itseng ha li reka litekete tsa sefofane, ha li le hoteleng, lipalangoeng tsa sechaba le ha li ile libaesekopong. E le hore li fumane melemo eo, “liithuti ka lebitso” li ngolisa ho ithutela lithuto tseo e seng ba bangata ba ithutelang tsona, tse kang ho ithutela Sebelaruse, Sefinnishe, kapa Seswahili. Ba bangata ba ingolisa feela tjee hobane ha ho ea hlahlobang hore na liithuti li fela li tla lithutong kapa che. Tlaleho eo e bontša hore “liithuti” li ngolisa Inthaneteng ’me ka mor’a matsatsi a seng makae li fumana likarete tse bontšang hore ke liithuti.
‘Le ne le Patehile’
The Jerusalem Post e re litsebi tsa saense tsa Iseraele li lumela hore li sibolotse mefuta e mecha e robeli ea liphoofolo tse se nang lesapo la mokokotlo ka lehaheng le “neng le patehile” ka lilemo tse makholo-kholo. Batho ba neng ba ntse ba epa koaring e ’ngoe ba ile ba fumana lesoba le lenyenyane le lebang ka lehaheng le bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 2,5, ’me le e-na le lephao le nang le letša. Mefuta ena e mecha, eo e meng ea eona e tšoanang le liphepheng, e akarelletsa e ’meli ea leoatleng le e ’meli e phelang metsing a seng letsoai, ’me e mene ke mofuta oa liphoofolo tse sa pheleng metsing.