Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 23
  • Mehlolo e Eketsehileng Kapernauma

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehlolo e Eketsehileng Kapernauma
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlolo e Meng Kapernauma
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Jesu o Etsa Mehlolo Kapernauma
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lebaka la ho Tla ha Jesu Lefatšeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Jesu o Sebetsa Haholoanyane Galilea
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 23

Khaolo ea 23

Mehlolo e Eketsehileng Kapernauma

SABBATHA ea ka mor’a hore Jesu a bitse barutuoa ba hae ba pele ba bane​—⁠Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne⁠—​kaofela ba ea synagogeng ea moo Kapernauma. Ha ba le moo Jesu o qala ho ruta, ’me batho ba maketse hobane o ba ruta joaloka motho ea nang le borena, eseng joaloka bangoli.

Ka letsatsi lena la Sabbatha ho teng motho ea nang le modemona. Ka mor’a nakoana, oa hoeletsa: “Taba ea rōna le uena ke efe, uena Jesu oa Nazaretha? Hleka o tlile ho re timetsa na? Kea u tseba, u Mohalaleli oa Molimo.”

Ha e le hantle modemona ea laolang motho enoa ke le leng la mangeloi a Satane. Ha Jesu a khalemela modemona eo, o re: “Khutsa, u tsoe mothong eo!”

Modemona eo o tabanya monna eo fatše a ntse a hooa ka lentsoe le leholo. Empa o tsoa ho monna eo ka ntle le ho mo ntša kotsi. Bohle ba hlolletsoe! Baa botsa, ‘Ke’ng hoo? O khalemela meea e litšila, ’me ea mo utloa.’ Litaba tsa se etsahetseng li ile tsa tuma ka ’nģa tsohle sebakeng se haufi le moo.

Ha Jesu a tloha synagogeng, eena le barutuoa ba hae ba ea lapeng ha Simone, kapa Petrose. Mohoehali oa Petrose o tšoeroe ke febere e matla haholo. Baa mo kōpa, ‘Ak’u mo thuse hle.’ Kahoo, Jesu o ea ho eena, o mo tšoara ka letsoho, ’me oa mo phahamisa. O ile a fola hona hoo ’me a qala ho ba lokisetsa lijo!

Hamorao, ha letsatsi le se le liketse, batho ba tsoang ka makhalo ’ohle ba qala ho tlisa bakuli ba bona tlung ea Petrose. Kapele motse kaofela o bokana monyako! ’Me Jesu o folisa bakuli bohle ba bona, ho sa tsotellehe mafu a ba tšoereng. Ebile o lokolla le ba nang le bademona. Ha ba tsoa, bademona bao a ba lelekang baa hoeletsa: “Ke uena Kreste, Mora oa Molimo.” Empa Jesu oa ba khalemela ’me ha a ba lumelle ho bua hobane baa tseba hore ke Kreste. Mareka 1:21-34; Luka 4:31-41; Mattheu 8:14-17.

▪ Ho etsahala eng synagogeng ka Sabbatha ka mor’a hore Jesu a bitse barutuoa ba hae ba bane?

▪ Jesu o ea hokae ha a tloha synagogeng, ’me o fihla a etsa mohlolo ofe moo?

▪ Ho etsahala eng hamorao phirimaneng eona eo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela