Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 3/15 maq. 8-9
  • Mehlolo e Meng Kapernauma

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehlolo e Meng Kapernauma
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlolo e Eketsehileng Kapernauma
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu o Etsa Mehlolo Kapernauma
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lebaka la ho Tla ha Jesu Lefatšeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Jesu o Sebetsa Haholoanyane Galilea
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 3/15 maq. 8-9

Tšebeletso tsa Hae

Mehlolo e Meng Kapernauma

SABBATHA kamor’a hore Jesu a bitse barutuoa ba hae ba pele ba bane—Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne—kaofela ba ea synagogeng ea moo Kapernauma. Ha ba le moo Jesu o qala ho ruta, ’me batho ba maketse hobane a ba ruta joaloka motho ea nang le borena, e seng joaloka bangoli.

Sabbatheng sena ho teng motho ea kenoeng ke moea oa modemona. Kamor’a nakoana, o ea hoelehetsa: “Taba ea rōna le uena ke efe, uena Jesu oa Nazaretha? Hleka o tlile ho re timetsa na? Kea u tseba, u Mohalaleli oa Molimo.”

Haele hantle ledemona le laolang motho enoa ke le leng la mangeloi a Satane. A le khalemela, Jesu o re: “Khutsa, u tsoe mothong eo!”

Ledemona le tabanya monna eo faatše le ntse le hooa ka lentsoe le leholo. Empa le tsoa ho monna eo le sa mo ntša kotsi. Bohle ba maketse! Baa botsa, “Ke’ng hoo?” “O khalemela le eona meea e litsila, ’me ea mo utloa.” Ketsahalo ena e tuma ka nģa tsohle.

A tloha Synagogeng, Jesu le barutuoa ba hae ba bane ba ea tlung ea Simone, kapa Petrose. Moo teng mohoehali oa Petrose o tšoeroe ke febere e kholo. Ba mo kopa, ‘Ak’u mo thuse hle.’ Jesu a ea ho eena a mo tšoara ka letsoho, ’me a mo tsosa. A fola hona hoo ’me a qala ho ba lokisetsa lijo!

Hamorao, ha letsatsi le se le liketse, batho ba tsoang ka nģa tsohle ba qala ho tlisa bakuli ba bona ha Petrose. Kapele motse kaofela oa bokana monyako! ’Me Jesu a folisa bakuli bohle ba bona, ho sa tsotellehe mafu a bona. Ebile o lokolla le ba nang le meea ea bademona. Haa tsoa, mademona ao a a lelekang a hoelehetsa: “Ke uena Kreste, Mora oa Molimo.” Empa Jesu o oa a khalemela ’me ha a lumelle ho bua hobane a tseba hore ke Kreste. Mareka 1:21-34; Luka 4:31-41; Mattheu 8:14-17.

◆ Ho etsahetse eng synagogeng ka Sabbatha kamor’a hore Jesu a bitse barutuoa ba hae ba bane?

◆ Jesu o ea hokae ha a tloha synagogeng, ’me o fihla a etsa mohlolo ofe moo?

◆ Ho etsahetse eng hamorao phirimaneng eo?

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 9]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela