KHAOLO EA 23
Jesu o Etsa Mehlolo Kapernauma
MATHEU 8:14-17 MAREKA 1:21-34 LUKA 4:31-41
JESU O NTŠA MODEMONA
MOHOEHALI OA PETROSE OA PHEKOLOA
Jesu o bitsitse barutuoa ba banè hore e be batšoasi ba batho, ’me bona ke Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne. Ke letsatsi la Sabatha ’me kaofela ba ea synagogeng Kapernauma. Jesu o ruta ka synagogeng ’me le lekhetlong lena batho ba ntse ba hlolletsoe ke tsela eo a rutang ka eona. O ruta joaloka motho ea nang le bolaoli eseng joaloka bangoli.
Ka Sabatha ena ho na le monna ea nang le modemona. Monna enoa o qala ho hoelehetsa ka lentsoe le phefa ka synagogeng o re: “Taba ea rona le uena ke efe, Jesu Monazaretha? Na u tlil’o re timetsa? Ke tseba hantle hore na u mang, Mohalaleli oa Molimo.” Leha ho le joalo, Jesu o khalemela modemona enoa ka matla, o re: “Khutsa, ’me u tsoe ho eena!”—Mareka 1:24, 25.
Hang-hang moea o khopo o tabanya monna enoa fatše ’me o etsa hore a thakhinye ha o qeta oa tleroha. Leha ho le joalo, modemona o tsoa ka hare ho monna enoa “ntle le ho mo ntša kotsi.” (Luka 4:35) Batho ba ka synagogeng ba makaletse taba ena. Ba qala ho botsana ba re: “Hona ke eng? . . . Ka bolaoli o laela le meea e sa hloekang, ’me ea mo mamela.” (Mareka 1:27) Ha ho makatse hore ebe litaba tsena li tlala Galilea eohle.
Ha Jesu le barutuoa ba hae ba tloha synagogeng, ba ea ha Simone Petrose. Ha ba fihla ba fumana mohoehali oa Petrose a tšoeroe ke feberu. Ba kopa Jesu hore a mo thuse. Kahoo Jesu o ea ho eena o mo tšoara ka letsoho ’me oa mo phahamisa. Joale o fola hang-hang ’me o qala ho sebeletsa Jesu le barutuoa ba hae, mohlomong ka ho ba lokisetsa lijo.
Letsatsi le ea matubatsana, ’me ke se-mphete-ke-u-fete ha Petrose, batho ba tlisa bakuli ba bona. Ka ho panya ha leihlo, motse oohle o se o khobokane monyako o batla ho phekoloa. Ha e le hantle, “bohle ba neng ba e-na le batho ba kulang ba tšoeroeng ke mafu a sa tšoaneng ba ba tlisa ho eena. A ba phekola.” (Luka 4:40) Feela joalokaha ho ile ha profetoa, Jesu o phekola mafu ’ohle ho sa tsotellehe hore na ke a mofuta ofe. (Esaia 53:4) O thusa le ba nang le bademona. Ha meea e khopo e tsoa, ea hoelehetsa e re: “U Mora oa Molimo.” (Luka 4:41) Leha ho le joalo, Jesu oa e khalema ’me ha a e lumelle ho bua ho ea pele. Meea ena ea tseba hore Jesu ke Kreste, ’me ha a batle ha e etsa eka e rapela Molimo oa ’nete.