Lintho tse ka Bonoang Lefatšeng la Pallo
Jordane eo e ka ’Nang Eaba ha u e Tsebe
HA HO qala ho buuoa ka Nōka ea Jordane u ka ’na ua hopola liketsahalo tse tloaelehileng: Ha Baiseraele tlas’a Joshua ba tšela sebaka se omileng seo e phallang ho sona haufi le Jeriko; ha Naamane a tola metsing a eona ka makhetlo a supileng hore a phekoloe lepera; ha Bajode ba bangata, le Jesu hamorao, ba e-tla moo ho tla kolobetsoa ke Johanne.—Joshua 3:5-17; 2 Marena 5:10-14; Mattheu 3:3-5, 13.
Ka ho hlakileng, liketsahalo tsena tse tsebahalang kaofela li etsahetse karolong e telele le e tsebjoang ka ho fetisisa ea Jordane, karolo e ka boroa ho Leoatle la Galilea ho theosa ho ea Leoatleng le Shoeleng. Empa liithuti tse hloahloa tsa Lentsoe la Molimo li ka ’na tsa hlokomoloha karolo e ’ngoe ea Jordane—karolo e ka leboea ea nōka hammoho le sebaka se e potolohileng. Hlokomela ’mapa.a Karolo e ka tlaase e bohareng ke karolo ea Phula ea Khohlo e Khōlō, khohlo e entsoeng ke ho ngamoha ha lefatše e tlohang Syria ho ea Afrika.
Mehloli e meraro e meholo ea Nōka ea Jordane ke melatsoana e hlahang lehloeng le qhibilihang Thabeng ea Hermone. Molatsoana o ka thōko-thōko ka bochabela (leqephe 17, ka holimo) o hlaha lefikeng la lejoe la kalaka le haufi le mosiko oa thaba. Mona ke hona moo Filippi ea Cesarea e neng e le hona teng; hopola hore Jesu o ile a etela moo nakoana pele a fetoloa ka ponahalo e khanyang “thabeng e telele.” (Mattheu 16:13–17:2) Molatsoana o mong o hlaha leralleng leo motse oa Dane o neng o hahiloe holim’a lona, leo Baiseraele ba ’muso o ka leboea ba ileng ba emisa namane ea gauda ho lona. (Baahloli 18:27-31; 1 Marena 12:25-30) Molatsoana oa boraro o kopana le melatsoana ena e ’meli ho etsa Nōka ea Jordane, e theohang botebo ba limithara tse 300 sebakeng sa lik’hilomithara tse ka bang 11.
Joale phula e batalla ho fetoha Sekoti sa Hula, e leng ho etsang hore metsi a Jordane a hasane, ’me ho hlahisa sebaka se pharalletseng, se mokhoabo. Mehleng ea boholo-holo karolo e khōlō ea metsi e ne e bokellana ka har’a letamo le mopatisane le neng le tsejoa e le Letša la Hula (kapa Huleh). Empa Letša la Hula ha le sa le eo moo ka baka la hore mehleng ea morao tjena Jordane e ka holimo e ile ea batalatsoa, ha eketsoa likotopo ho ntša metsi sebakeng seo se mokhoabo, ’me molatsoana oa letša leo oa fatoa ka ho tebileng haholoanyane. Kahoo, ha u sheba ’mapa oa sebaka seo ’me u bona, ka leboea ho Leoatle la Galilea, letša (Hula), u tla tseba hore ’mapa oo ke oa sebaka seo mehleng ea boholo-holo, hase oa kamoo u tla se fumana se le ka teng kajeno.
Empa, ha u etela moo, u tla fumana sebaka se bolokehileng boemong ba tlhaho se ka u fang mohopolo oa hore na sebaka seo se ne se shebahala joang mehleng ea Bibele, ha e ne e le lehae la mefuta e khethehileng ea limela, tse kang meru e teme-teme ea loli le leqala.—Jobo 8:11, NW.
Sebaka seo e ne e le lehae la linonyana tsa mefuta e tsoaka-tsoakaneng e ntseng e fetoha ka mehla. Likokolofitoe, mekota-tsie, mehololi, maebana-khoroana, le linonyana tse ling li ne li atile, lebaka le leng e le hobane mokhoabo le letša li ne li etsa sebaka se setle haholo sa phomolo tseleng ea ho falla pakeng tsa Europe le Afrika. (Deuteronoma 14:18; Pesaleme ea 102:6; Jeremia 8:7) Libōpuoa tse ling tse neng li loketse sebaka seo li ne li ke ke tsa bonahala haholo, empa boteng ba tsona bo ne bo etsa hore ho tsamaea ka tsela e tšelang Sekoti sa Hula e be ho sa rateheng. Mohlomong tsena li ne li akarelletsa tau, kubu, phiri, le kolobe-moru. (Jobo 40:15-24; Jeremia 49:19; 50:44; Habakuke 1:8) Ka linako tse ling malaria e bakoang ke menoang e ne e e-ja setsi, ’me ka ho hlakileng ke e ’ngoe ea lifeberu tse boletsoeng ka Bibeleng.
Ka ho utloahalang, bahahlauli ba tsamaeang ka bomong hammoho le lihlopha tse khōlō tsa bahahlauli ba ne ba pota sebaka sena se mokhoabo ka thōko. Kahoo ba ne ba tla tšela Nōka ea Jordane hokae phuleng e ka leboea ho Leoatle la Galilea?
Haufi le Leoatle la Galilea ho ne ho e-na le majoe a hlahelletseng ka holim’a mobu a mofuta oa morema-phofu; sebōpeho sena se tšoanang le sa letamo e ne e le lebaka leo ka lona metsi a neng a ema ’me a bōpa Letša la Hula. U ka bona karolo ea majoe ao a hlahelletseng ka holim’a mobu leqepheng la 16. Ha Jordane e a fohla ka boroa ho leba Leoatleng la Galilea (le bonahalang thōkoana), e phalla ka potlako hoo ho hlahang metsi a masoeu. Ka ho hlakileng, bahahlauli ba boholo-holo ba ne ba tla ho fumana ho le kotsi ho theohela ka hare ho khohlo eo e tebileng e be ba tšela metsi ao a phallang ka potlako a Jordane.
Pakeng tsa sebaka se mokhoabo sa Sekoti sa Hula le khohlo ho ne ho e-na le karolo ea nōka e khutšoanyane, e batalletseng eo ho eona metsi a neng a phalla butle. Mona bahahlauli ba boholo-holo ba ne ba ka tšela nōka ba sireletsehile, ’me e ile ea fetoha karolo ea tsela e khōlō eo ho tsamauoang ka eona Lefatšeng la Pallo. Hona joale ho na le borokho sebakeng sena, seo e sa ntsaneng e le leliboho la sehlooho la ho tšela Jordane.
Kajeno sekoti sa Hula ke sebaka se nonneng sa temo; ho bile ho na le matangoana a litlhapi. Sena sohle se teng ka baka la metsi a mangata a phallang ho theosa le karolo ena ea Nōka ea Jordane.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bapisa le ’mapa o moholoanyane le setšoantšo tse ho 1990 Almanaka ea Lipaki tsa Jehova.
[’Mapa o leqepheng la 17]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Hula
Leoatle la Galilea
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Se theiloe ’mapeng o hatisitsoeng ke Pictorial Archive (Near Eastern History) Est. and Survey of Israel.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
Animal photos: Safari-Zoo of Ramat-Gan, Tel Aviv