Lebaka Leo U Lokelang ho ba Teng
U TLA ba le matsatsi a mane a putsang a thuto ea moea Kopanong ea Setereke ea “Thuto ea Bomolimo,” e tla tsoela pele lehlabuleng lena metseng e meholo ho pota lefatše. Ka kakaretso, lenaneo le tla qala ka Labone ka 1:20 p.m. ’me le phethoe ka Sontaha ka 4:15 p.m. Lintlha tsa sehlooho likopanong tse ling e tla ba litlaleho tse etsoang ke baromuoa, ba thusitsoeng ho khutlela linaheng tsa habo bona bakeng sa ketsahalo ena e thabisang.
Hore na u mocha kapa u moholo—monna, mosali, ntate, ’mè, mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 kapa ngoana—u tla amohela thuto e nehelanoang ka tsela e hlakileng, e ipiletsang e tla u ruisa molemo. Ka mohlala, kajeno batho ba bangata baa botsa, Morero oa bophelo ke ofe? Ka Labohlano hoseng, u tla thabela ho utloa ha potso ena e tšohloa ’me u tla nyakallela seo u tlang ho se fumana e le hore u ka thusa ba bang ho utloisisa taba eo.
Labohlano thapama lenaneo le tla lebisa tlhokomelo likarolong “Ho Etsa Hore Lenyalo e be Kopano e Tšoarellang,” “Sebetsa ka Thata Bakeng sa Polokeho ea Lelapa la Hao,” le “Batsoali—Bana ba Lōna ba Hloka Tlhokomelo e Khethehileng.” Hang ka mor’a tsena, ho tla lebisoa tlhokomelo e khethehileng mathateng ao bacha ba thulanang le ’ona le kamoo ba ka sebetsanang le ’ona. Ba lokela ho khothatsoa ke tšoantšiso ea sejoale-joale e nang le sehlooho Bacha ba Hopolang ’Mōpi oa Bona Hona Joale.
Ka Moqebelo lenaneo le tla lebisa tlhokomelo boprofeteng ba Jesu ka mehla ea bofelo ’me haholo-holo mantsoeng a hae: ‘Hang-hang ka mor’a mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala.’ (Mattheu 24:29) U tla batla ho utloa puisano mabapi le hore na mahlomola ao a tla etsahala neng. Lenaneo la Moqebelo hape le tla hlahlobisisa tlaleho ea Lipaki tsa Jehova linakong tsa kajeno ’me le bontše seo li se finyeletseng.
Ka Sontaha tšoantšiso e ’ngoe e nang le sehlooho U se ke Ua Thetsoa kapa Ua Soma Molimo, e tla bua ka ho toba ka phephetso ea botšepehi ba motho ba Bokreste ka lebaka la ’mino le li-video tsa kajeno tse ratoang haholo. Puo ea phatlalatsa thapama e tla lebisa tlhokomelo sehloohong “Thuto e Molemo Bakeng sa Linako tsa Rōna tse Bohloko.” Lenaneo le tla phetha ka keletso “Tsoelang Pele le Tšoarelletse Thutong ea Bomolimo.”
Ka sebele, u tla rua molemo ka ho ba teng ka matsatsi ’ohle a mane! U mengoa ka mofuthu hore u be teng. Ho fumana sebaka se haufi haholo le moo u lulang teng, e-ea Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova kapa u ngolle bahatisi ba makasine ona.