“Barorisi ba Thabileng” Kopano ea Setereke ea Lipaki Tsa Jehova
U letetsoe ke matsatsi a mararo a thupelo ea Bibele a putsang. Kaha bakeng sa Afrika e ka boroa feela ho lokiselitsoe likopano tse fetang 35, mohlomong kopano e ’ngoe e tla tšoareloa haufi le moo u lulang teng.
Lenaneo la hoseng letsatsing la pele le tla totobatsa mantsoe a kamohelo hammoho le puo ea sehlooho, “Ba Khethehile e le Barorisi ba Thabileng Lefatšeng Lohle.” Thapama lenaneo le tla lebisa tlhokomelo ho bacha, batsoali le thuto. Puo eo bacha ba ke keng ba batla ho fosoa ke eona ke e reng: “Na ke Loketse ho Kena Lenyalong?” Batsoali ba lokela ho mamela ka hloko puo e reng: “Batsoali ba Thabisoang ke Bana ba Bona.” Lenaneo la thapama le tla phethoa ka puo e reng: “Thuto—E Sebelise Bakeng sa ho Rorisa Jehova.” Se tšohloang se lokela ho thusa bacha ho hatela pele ka katleho sekolong.
Lenaneo la hoseng letsatsing la bobeli le tla totobatsa kolobetso, ’me ho tla fanoa ka monyetla ho ba tšoanelehang hore ba kolobetsoe. Thapama ho tla ba le puisano e hlakileng ea kamoo Satane ho tloha mehleng ea khale a ’nileng a sebelisa takatso ea botona le botšehali ho tšoasa batho. Hape ho tla ba le puo e matla “Itebele Khahlanong le Maraba a Diabolose.” Lenaneo la letsatsi le tla phethoa ka puo ea bohlokoa “Lebaka Leo Moloko oa Batho o Hlokang Tsebo ea Molimo.”
Hoseng ha letsatsi la ho qetela, neheletsano tlas’a sehlooho “Barorisi ba Thabileng Qetellong ea Tsamaiso Ena” e tla lebisa tlhokomelo liketsahalong tse tšosang tsa lefatše tse larileng hantle feela ka pele ho rōna. E tla hatisa taba ea ho potlakela ho balehela tšireletsehong pele ho tšimoloho ea ‘mahlomola a maholo’ ao Jesu Kreste a buileng ka ’ona, a tlalehiloeng ho Mattheu 24:21.
Lenaneo la hoseng le tla phethoa ka tšoantšiso ea bohlokoa e reng: “Ho Hlompha ba Tšoanelehang Botsofaling ba Bona.” Joale, thapama, puo ea phatlalatsa, “Rorisang Morena oa ka ho sa Feleng!” e tla nehelanoa. E tla ba sehlohlolo sa kopano.
Etsa litokisetso tsa ho ba teng hona joale. Hore u fumane sebaka se haufi le lehae la hao seo kopano e tlang ho tšoareloa ho sona, botsa Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova sebakeng seo u lulang ho sona, kapa u ngolle bahatisi ba makasine ona.