Kopano ea Setereke ea “Tšabo Ea Bomolimo” E Atametse
Matsatsi a mararo a putsang a thuto ea Bibele a u letetse Kopanong ea Setereke ea “Tšabo ea Bomolimo” ea Lipaki tsa Jehova. Karolong e ka boroa ho Afrika feela, ho lokiselitsoe likopano tse fetang 20 hamorao selemong sena. Kahoo u tla khona ho ba teng ho e haufi le moo u lulang teng ha ho bapisoa.
Kopano e tla qala ka ’mino ka 10:20 hoseng ka Labohlano, ’me lenaneo le tla fela letsatsing leo ka hoo e ka bang hora ea bohlano thapama. Ka Moqebelo le ka Sontaha, mananeo a tla qala ka 9:30 hoseng, ’me a tla qetella ka hoo e ka bang hora ea bohlano thapama ka Moqebelo, ’me ka Sontaha a tla qetella ka 4:15 thapama.
Puo ea sehlooho ka Labohlano hoseng ha e na ho bontša feela seo tšabo ea bomolimo e leng sona empa e tla qolla melemo e fumanoang ke ba hlaolelang tšabo e joalo. Lenaneo lohle la kopano le tla totobatsa melemo ena.
Ka Labohlano thapama nakong ea neheletsano ea lipuo le lipontšo tse nkang hora, u tla utloa kamoo tšabo ea bomolimo e ka matlafatsang lenyalo le bophelo ba lelapa, hammoho le kamoo e ka thusang bacha kateng ho ema ba tiile botšepehing ba bona ho Molimo. Mananeo a Labohlano a tla phetha ka nehelano e futhumatsang pelo e reng “Matšeliso ho ba Shoeletsoeng.” U tla ananela thuso e sebetsang e tla fanoa nakong ea puo eo ho tšehetsa ba lahlehetsoeng ke baratuoa ka lefu.
Lenaneo la Moqebelo le tla bontša kamoo tšabo ea bomolimo e ka re sireletsang kateng ho tšoarella tataisong ea Jehova mabapi le phutheho le tšebeletso ea rōna. Puo e reng “Batho ba sa Lahloang ke Jehova” e tla hlalosa kamoo tšepiso ea Molimo ea ho se lahle batho ba hae e lokelang ho ba ama kateng lefatšeng la kajeno. Hamorao thapama, puong e reng “Bala Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang, Kamehla,” baeti ba tlileng kopanong ba tla amohela litlhahiso tse sebetsang bakeng sa ho bala le ho ithuta Bibele. Lenaneo la Moqebelo le tla phetha ka puo e nang le sehlooho se thahasellisang se reng “Letsatsi la Jehova le Susumetsang Tšabo le Atametse.”
Nehelano e hlaheletseng lenaneong la Sontaha ke puo e reng “Ho Tla ba le Tsoho ea ba Lokileng.” Puong e latelang e reng, “Ba Bolokiloe ba Phela ho Tsoa Mahlomoleng a Maholo,” ho tla fanoa ka tlhaloso ka tšepiso e babatsehang ea Jesu mabapi le ba se nang ho shoa le ka mohla o le mong.—Johanne 11:26.
Lenaneo la Sontaha hoseng le tla phetha ka tšoantšiso e fehlang monahano ea metsotso e 40 e nang le sehlooho se reng Khetho Eo U Talimaneng le Eona. Bamameli ba tla khutlisetsoa morao mehleng ea Joshua ’me ba tla bona tšoantšetso ea qeto ea hae e tiileng ea ho sebeletsa Jehova. Ba tla boetse ba bona teko ea mollo ea mehleng ea Elia, ’me liketsahalong tsena ka bobeli ho tla fumanoa lithuto tse tla thusa ba tlileng kopanong ho bontša tšabo ea bomolimo kajeno.
Ntlha e khōlō ea kopano ka Sontaha thapama e tla ba puo ea phatlalatsa e reng, “Lebaka Leo ho Loketseng ho Tšaba Molimo oa ’Nete Hona Joale.” Ruri u tla rua molemo ka ho ba teng matsatsing ’ohle a mararo! U mengoa ka mofuthu hore u be teng. E le ho fumana sebaka se haufi haholo le moo u lulang teng, fumana Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova, kapa ngolla bahatisi ba makasine ona.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
T. Rosenthal/SUPERSTOCK