Keresemese Bochabela
• LILEMONG TSE FETILENG TSE KA BANG makholo a mabeli, setsebi sa Mokorea se tummeng se ile sa etela Peking, Chaena. Se tsepamisitse mahlo setšoantšong se pentiloeng holim’a siling ea kereke, se ile sa bona setšoantšo sa Maria a sikile ngoana Jesu. Ha se bua ka setšoantšo sena se tšosang se ile sa re:
“Mofumahali e mong o ne a sikile ngoana ea shebahalang a kula, ea ka bang le lilemo li hlano kapa li tšeletseng. O ne a kebisitse hlooho, joalokaha eka o sitoa ho sheba mora oa hae ka lebaka la ho mo qenehela. ’Me hojana ka mor’a bona ho ne ho e-na le lithotsela tse ngata le bana ba mapheo ba fofang ka mahlakoreng ’ohle. Ke ile ka lelaletsa mahlo ho bona, ho ne ho bonahala eka ba ka nkoela holimo neng kapa neng. Ka lebaka la ho tšoha, ke ile ka nanabetsa letsoho e le hore nka ba tšoara.”
SEO se etsahetse nako e telele ka mor’a hore Boprostanta bo qale Europe, nako e telele ka mor’a nako ea lefifi ea Mehla e Bohareng. Empa ho batho ba bangata ba Bochabela, Bokreste bo ne bo sa tloaeleha joalokaha setšoantšo seo se ne se sa tloaeleha. Boemo boo bo fetohile hakaakang! Nakong e ’ngoe le e ’ngoe ea Keresemese, ho fanyehoa litšoantšo tsa ngoana Jesu. Litšoantšo tse joalo li se li tloaelehile Bochabela, ’me hona joale literata tse ngata tsa moo li tšoana le tsa Europe.
Mantsiboeeng a la 25 November, 1998, khoeli pele ho Keresemese, seterata sa Paris sa Champs Élysées se ne se khantšitsoe ka mabone a motlakase a 100 000 a le lifateng tse 300 tse kolokileng seterateng seo se tsebahalang. Ka ho tšoanang, seterateng se seng sa setsi sa khoebo sa Seoul, Korea, lebenkele le leholo le rekisang thepa ea mefuta-futa le behile pepeneneng sefate se seholo sa Keresemese ’me se etsa hore bosiu bo qale ho khanya moo motse-moholo. Kapele literata tsa oona li khabisoa ka mekhabiso ea Keresemese.
Thelevisheneng, seea-le-moeeng le likoranteng letsatsi le letsatsi ho ba le mananeo a amanang le Keresemese. Ka lebaka la ho susumetsoa ke moea oa Keresemese, naha eohle e tšoareha ho thabeleng mafelo a selemo. Likereke tsa Seoul, tseo palo ea tsona e makatsang baeti ba bangata, li khabisoa ka potlako. Kahoo, Korea le linaha tse ling tsa Bochabela li apareloa ke moea oa Keresemese hoo e ka bang nakong eo ka eona United States ho ketekoang Letsatsi la Liteboho mafelong a November.
Linaha tse ngata tsa Bochabela ha li nkoe e le karolo ea Bokreste-’mōtoana. Ka mohlala, ke karolo ea 26,3 lekholong feela ea baahi ba Korea e ipolelang hore ke Bakreste. Hong Kong ke karolo ea 7,9 lekholong, Taiwan ke karolo ea 7,4 lekholong ’me Japane teng ke karolo ea 1,2 feela lekholong. Ho hlakile hore batho ba bangata ba Bochabela hase Bakreste, empa ho bonahala hore ha ba hanyetse ho ketekoa ha Keresemese. Ha e le hantle, hangata ba bonahala ba e chesehela haholo ho feta balekane ba bona ba Bophirimela. Ka mohlala, Hong Kong e tsebahala haholo ka ho keteka Keresemese ka tsela e majaba-jaba le hoja baahi ba bangata ba eona e le Mabuddha kapa Matao. Esita le Chaena, moo e leng karolo ea 0,1 lekholong feela ea ba ipolelang hore ke Bakreste, Keresemese e ntse e tloaeleha ka potlako.
Ke hobane’ng ha Keresemese e ketekoa ke ba bangata hakaale Bochabela? Ke hobane’ng ha batho ba sa amoheleng Jesu e le Mesia ba kopanela ho ketekeng Keresemese, eo ba bangata ba bolelang hore ke Bakreste ba e talimang e le letsatsi la hae la tsoalo? Na Bakreste ba ’nete ba lokela ho ba le pono e tšoanang le ea bona ka Keresemese? Re tla fumana likarabo ha re ntse re hlahloba kamoo Keresemese e ileng ea tloaeleha kateng Korea, naha ea boholo-holo ea Bochabela.