Bontša Tumelo ka Tsela eo U Phelang ka Eona
“Tumelo, . . . ha e se na mesebetsi, e shoele.”—JAKOBO 2:17.
1. Ke hobane’ng ha Bakreste ba pele ba ile ba ela hloko taba ea tumelo le mesebetsi?
KA KAKARETSO, Bakreste ba pele ba ile ba bontša tumelo ka tsela eo ba neng ba phela ka eona. Morutuoa Jakobo o ile a khothalletsa Bakreste bohle a re: “Le be baphethi ba lentsoe, eseng bautloi feela.” O ile a phaella ka ho re: “Joalokaha ’mele o se nang moea o shoele, kahoo le tumelo e se nang mesebetsi e shoele.” (Jakobo 1:22; 2:26) Lilemo tse ka bang 35 ka mor’a hore a ngole mantsoe ao, Bakreste ba bangata ba ne ba ntse ba tsoela pele ho bontša tumelo ka mesebetsi e loketseng. Empa ka bomalimabe, ba bang ba ne ba sa etse joalo. Jesu o ile a babatsa phutheho ea Smyrna; empa o ile a re ho ba bangata phuthehong ea Sarda: “Ke tseba liketso tsa hao, hore u na le lebitso la hore ua phela, empa u shoele.”—Tšenolo 2:8-11; 3:1.
2. Ke lipotso life tseo Bakreste ba lokelang ho ipotsa tsona mabapi le tumelo ea bona?
2 Ka lebaka leo, Jesu o ile a khothatsa ba neng ba le Sarda—’me ka kakaretso o ile a khothatsa le bohle bao hamorao ba neng ba tla bala mantsoe a hae—hore ba bontše lerato la bona la pele bakeng sa ’nete ea Bokreste ’me ba falimehe moeeng. (Tšenolo 3:2, 3) Re le batho ka bomong re ka ipotsa: ‘Ho thoe’ng ka liketso tsa ka? Na liketso tsa ka li bontša ka ho hlaka hore ke etsa sohle seo nka se khonang ho bontša tumelo ka tsohle tseo ke li etsang, esita le likarolong tse sa amaneng ka ho toba le mosebetsi oa boboleli kapa liboka tsa phutheho?’ (Luka 16:10) Re ka hlahloba likarolo tse ngata tsa bophelo mabapi le ho bontša tumelo, empa a re ke re tšohleng karolo e le ’ngoe feela: e leng ’moka ea boithabiso, e akarelletsang eo hangata e tšoaroang ka mor’a machato a Bokreste.
’Moka e Menyenyane ea Boithabiso
3. Maikutlo a Bibele ke afe mabapi le ho kopanela ’mokeng?
3 Boholo ba rōna rea thaba ha re memeloa ’mokeng oa Bakreste ba thabileng. Jehova ke “Molimo ea thabileng,” ea batlang hore bahlanka ba hae ba thabe. (1 Timothea 1:11) O ile a etsa hore Solomone a kenyelletse ’nete ena ka Bibeleng: “Ke ile ka babatsa thabo, hobane moloko oa batho ha o na letho le molemo tlas’a letsatsi ho feta ho ja le ho noa le ho thaba, le hore o fumane hoo mosebetsing oa oona o thata ka matsatsi a bophelo ba oona.” (Moeklesia 3:1, 4, 13; 8:15) Thabo e joalo e ka ba teng ha lelapa le e-ja lijo hammoho kapa ’mokeng o mong o monyenyane oa boithabiso oa barapeli ba ’nete.—Jobo 1:4, 5, 18; Luka 10:38-42; 14:12-14.
4. Motho ea lokisetsang ’moka o lokela ho ameha ka eng?
4 Haeba u ntse u rera ho ba le ’moka o joalo ebile e le uena ea ikarabellang ka oona, u lokela ho nahana ka hloko seo u rerang ho se etsa, esita le haeba u memela balumeli ba ’maloa feela lijong le moqoqong oa botsoalle. (Baroma 12:13) U tla rata ho tiisa hore “lintho tsohle li [etsahala] ka mokhoa o hlomphehang,” u tataisoa ke “bohlale bo tsoang holimo.” (1 Bakorinthe 14:40; Jakobo 3:17) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo. Phemang ho ba lisosa tsa khopiso.” (1 Bakorinthe 10:31, 32) Likarolo tse ling tse lokelang ho eloa hloko ke life? Ho nahana ka seo esale pele ho tla u thusa ho etsa bonnete ba hore uena le baeti ba hao le bontša tumelo ka seo le se etsang.—Baroma 12:2.
E Tla ba ’Moka oa Mofuta Ofe?
5. Ke hobane’ng ha motho ea amohelang baeti a lokela ho nahana ka hloko hore na o tla fana ka joala le hore na ’mino o tla ba teng?
5 Batho ba bangata ba amohelang baeti ba ’nile ba tlameha ho nahana ka taba ea hore na ba fane ka joala kapa che. Hase hore joala boa hlokahala hore ’moka e be o khathollang. Hopola hore Jesu o ile a fepa sehlopha se seholo sa batho ba neng ba tlile ho eena—o ile a atisa mahobe le litlhapi. Tlaleho eo ha e bolele hore o ile a etsa veine ka mohlolo, le hoja re tseba hore o ne a ka khona ho e etsa. (Matheu 14:14-21) Haeba u etsa qeto ea ho fana ka joala ’mokeng, lekanyetsa hore na ho tla ba le bo bokae, ’me u etse bonnete ba hore ho ba le lino tse ling tse monate tse se nang tahi bakeng sa ba ka ratang ho noa tsona. (1 Timothea 3:2, 3, 8; 5:23; 1 Petrose 4:3) Ho hang u se ke ua etsa hore motho leha e le ofe a ikutloe a tlamehile hore a noe ntho e ka ’nang ea loma “feela joaloka noha.” (Liproverbia 23:29-32) Ho thoe’ng ka ’mino kapa ho bina? Haeba ’mino o tla ba teng ’mokeng oa hao, ha ho pelaelo hore u tla khetha lipina ka hloko, u nahanne ka morethetho le mantsoe a lipina tseo. (Bakolose 3:8; Jakobo 1:21) Bakreste ba bangata ba hlokometse hore ho letsa Kingdom Melodies kapa esita le ho bina lipina tseo ba le ’moho ho etsa hore ’moka e be o thabisang. (Baefese 5:19, 20) Empa ho hotle hore u lule u hlokometse molumo e le hore ’mino oo o se ke oa sitisa batho hore ba qoqe hamonate le hore o se ke oa tšoenya baahelani leha e le bafe.—Matheu 7:12.
6. Motho ea amohetseng baeti a ka bontša joang hore tumelo ea hae ea phela mabapi le moqoqo kapa mesebetsi e meng?
6 ’Mokeng oa boithabiso, Bakreste ba ka bua ka litaba tse sa tšoaneng, ba ka balla boitsebiso bo itseng holimo, kapa ba pheta liphihlelo tse thahasellisang. Haeba moqoqo o se o tsoa tseleng, motho ea amohetseng baeti a ka o khutlisetsa tseleng ka bohlale. Hape o lokela ho falimehela hore ho se ke ha bua motho a le mong haholo. Haeba a bona hore motho ea itseng ke eena ea buang haholo a le mong, ka masene a ka ’na a kenella ebe o etsa hore ba bang le bona ba bue, mohlomong ka hore a kōpe bacha hore ba ke ba qoqe kapa a qalise moqoqo ka taba eo batho ba fapa-fapaneng ba ka buang ka eona. Bacha hammoho le ba hōlileng ba tla thabela karolo ena ea ’moka. Haeba uena, joaloka mohlophisi, u tsamaisa litaba ka bohlale le ka masene, ‘ho ba le kahlolo e molemo ha hao ho tla tsejoa’ ke ba leng teng moo. (Bafilipi 4:5) Ba tla lemoha hore tumelo ea hao ea phela ’me e ama likarolo tsohle tsa bophelo ba hao.
Machato le Mekete ea ’Ona
7. Ke hobane’ng ha ho rera machato le ’moka e amanang le ’ona e le lintho tse lokelang ho eloa hloko?
7 Lechato la Bokreste ke ketsahalo e ’ngoe e khethehileng e thabisang. Bahlanka ba Molimo ba boholo-holo, ho akarelletsa Jesu le barutuoa ba hae, ba ne ba kopanela ka ho rata liketsahalong tse thabisang joalo, tse akarelletsang ho keteka le batho ba bang. (Genese 29:21, 22; Johanne 2:1, 2) Leha ho le joalo, linakong tsa morao tjena, phihlelo e bontšitse ka ho hlaka hore ho lokisetsa ’moka ea boithabiso e amanang le machato, ho hloka boiteko bo khethehileng e le hore ’moka eo e bontše temoho e molemo le teka-tekano ea Bokreste. Empa ’moka ena ke likarolo tse tloaelehileng tsa bophelo tse fang Mokreste monyetla oa ho bontša tumelo ea hae.
8, 9. Lintho tseo batho ba tloaetseng ho li etsa machatong a mangata li bontša joang seo re se balang ho 1 Johanne 2:16, 17?
8 Batho ba bangata ba sa tsebeng melao-motheo ea Bibele kapa ba sa e tsotelleng ba nka lechato e le ketsahalo eo ho eona ho ka feteletsoang lintho, kapa mohlomong e le ketsahalo eo ho eona ho ka lumelloang lintho tse feteletseng. Makasineng o mong oa Europe, mosali e mong e mocha o ile a bua tjena ka lenyalo la hae le kang la boreneng: ‘Re ne re palame kariki e huloang ke lipere tse ’nè e latetsoe ke likariki tse 12 tse nyenyane tse huloang ke lipere le kariki e ’ngoe e neng e palamisitse sehlopha se letsang ’mino. Joale ra itatsoa melomo ka lijo tse hlabosehang le ’mino o mathe-maloli; ho ne ho le monate haholo. Ho ne ho le feela joalokaha ke ne ke batla, ke ne ke hlile ke le mofumahali letsatsing leo.’
9 Le hoja litloaelo li fapana ho ea ka libaka, maikutlo ao a mpa a tiisa seo moapostola Johanne a ileng a se ngola: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.” Na u ka nahana ka banyalani ba Bakreste ba hōlileng tsebong ba batlang ho ba le lechato le kang la boreneng leo ho nang le matletsetletse a lijo moketeng? Ho e-na le hoo, litokisetso tsa bona tsa lenyalo li lokela ho bontša hore ba nahanne ka keletso ea hore “ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:16, 17.
10. (a) Hore lechato e be le itekanetseng, ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho rera lintho hantle? (b) Liqeto tsa hore na ke bo-mang ba mengoang li lokela ho etsoa joang?
10 Bakreste ba nyalanang ba batla hore ba shebe lintho ka tsela ea sebele le ho bontša ho lekalekana, ’me Bibele e ka ba thusa. Le hoja letsatsi la lechato e le ketsahalo ea bohlokoa, baa tseba hore ke qalo feela ea bophelo ba lenyalo ba Bakreste ba babeli ba nang le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng. Ha ho letho le ba tlamang hore ba etse mokete oa semetletsa oa lenyalo. Haeba ba khetha hore ba be le ’moka, ba tla rata hore ba bale litšenyehelo tsa ’moka oo ’me ba nahane hore na e tla ba oa mofuta ofe. (Luka 14:28) Ha ba se ba phela hammoho e le Bakreste, ho ea ka Mangolo, monna e tla ba hlooho. (1 Bakorinthe 11:3; Baefese 5:22, 23) Kahoo, monyali ke eena ea ikarabellang haholo-holo ka mokete oa lenyalo. Ha ho pelaelo hore ka lerato o tla buisana le mosali oa hae oa ka moso ka litaba tse kang hore na ba batla ho mema bo-mang kapa hore na ba tla khona ho mema batho ba bakae moketeng oa bona oa lenyalo. Ho ka ’na ha se ke ha khoneha kapa ea se ke ea e-ba ntho e utloahalang hore ba meme metsoalle eohle le beng ka bona; kahoo ho ka ’na ha lokela hore ho etsoe liqeto tse ling ka tsela e leka-lekaneng. Batho bana ba nyalanang ba lokela ho kholiseha hore haeba ba sitoa ho mema Bakreste-’moho le bona ba itseng, Bakreste bao ba tla utloisisa ebile ba ke ke ba khopisoa ke seo.—Moeklesia 7:9.
“Motsamaisi oa Mokete”
11. “Motsamaisi oa mokete” a ka phetha karolo efe lechatong?
11 Haeba banyalani ba khetha hore ba be le ’moka oa ho keteka lechato, ba ka tiisa joang hore ketsahalo eo e lula e hlompheha? Ka lilemo tse ngata ho tla fihlela joale, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa elelloa bohlokoa ba ho kenyelletsa karolo e boletsoeng mabapi le ’moka oo Jesu a ileng a ea ho oona Kana. Ho ne ho e-na le “motsamaisi oa mokete” moo, eo ka sebele e neng e le molumeli-’moho ea nang le boikarabelo. (Johanne 2:9, 10) Ka ho tšoanang, monyali ea bohlale o tla khetha mor’abo rōna oa Mokreste ea hōlileng moeeng hore a phethe karolo ena ea bohlokoa. Ha motsamaisi oa mokete a se a fumane hantle hore na monyali o lakatsa hore lintho li etsoe joang, a ka li phethahatsa pele ho ’moka esita le nakong ea ’ona.
12. Ke’ng seo monyali a lokelang ho nahana ka sona mabapi le ho sebelisa joala?
12 Tumellanong le se hlalositsoeng serapeng sa 5, banyalani ba bang ba khetha hore ba se ke ba fana ka joala moketeng oa lenyalo e le ho qoba hore bo se ke ba sebelisoa hampe ’me ba senya thabo le katleho ea ketsahalo eo. (Baroma 13:13; 1 Bakorinthe 5:11) Leha ho le joalo, haeba ho fanoa ka joala, monyali o lokela ho etsa bonnete ba hore bo fanoa ka ho lekanyetsa. Ho ne ho e-na le veine lechatong leo Jesu a neng a le ho lona Kana, ’me o ile a fana ka veine ea boleng bo botle. Taba e thahasellisang ke hore motsamaisi oa mokete o ile a re: “Motho e mong le e mong o ntša veine e ntle pele, ’me ha batho ba tahiloe, a ntše ea boleng bo tlaasana. U bolokile veine e ntle ho fihlela joale.” (Johanne 2:10) Ha ho pelaelo hore Jesu ha aa ka a khothalletsa botahoa ka tsela leha e le efe, etsoe o ne a bo nka e le ntho e fosahetseng. (Luka 12:45, 46) Ha motsamaisi eo a ne a makalla boleng ba veine eo, o ile a totobatsa hore o ne a hlokometse liketsahalo tseo ho tsona baeti ba tlileng lechatong ba neng ba tahoa. (Liketso 2:15; 1 Bathesalonika 5:7) Kahoo, monyali hammoho le Mokreste ea tšepahalang eo a mo khethang hore e be motsamaisi oa mokete ba lokela ho etsa bonnete ba hore bohle ba leng teng ba latela taelo ena e hlakileng: “Le se ke la tahoa ke veine, eo ho eona ho nang le ho inehella litakatso tsa nama.”—Baefese 5:18; Liproverbia 20:1; Hosea 4:11.
13. Ke’ng seo banyalani ba lokelang ho nahana ka sona haeba ba lokisetsa hore ’mino o be teng moketeng oa lechato, hona hobane’ng?
13 Joaloka lipokanong tse ling, haeba ’mino o tla ba teng, molumo o lokela ho eloa hloko ka tsela e loketseng e le hore o lumelle batho ho utloana ha ba qoqa. Moholo e mong oa Mokreste o ile a re: “Ha shoalane e tšoara, nakong eo ho chang lekomo ka matla kapa nakong eo batho ba qalang ho tantša, ka linako tse ling ho nyolloa molumo oa ’mino. ’Mino o qalileng o letsetsoa tlaase o ka baka lerata ’me oa sitisa moqoqo. Mokete oa lenyalo o fana ka monyetla oa ho thabela botsoalle bo mofuthu. E ne e tla ba bomalimabe bo bokaakang haeba ’mino o lerata o ne o ka senya monyetla oo!” Le mona, monyali le motsamaisi oa mokete ba lokela ho etsa lintho ka tsela e bontšang boikarabelo, ba se ke ba tlohella taba ea hore na ho letsoa ’mino oa mofuta ofe le hore na o letsoa ka molumo o mokae ho liletsi tsa ’mino, ebang ke tse hiriloeng kapa che. Pauluse o ile a ngola a re: “Eng kapa eng eo le e etsang lentsoeng kapa mosebetsing, le etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lebitso la Morena Jesu.” (Bakolose 3:17) Ka mor’a mokete oa lechato ha baeti ba ea malapeng, na ba tla hopola ’mino oo e le o neng o bontša hore banyalani ba ne ba etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lebitso la Jesu? Ho lokela hore ho be joalo.
14. Ke eng seo Bakreste ba lokelang ho se hopola ka thabo e khōlō mabapi le lechato?
14 Ka sebele, lechato le hlophisitsoeng hantle le ka hopoloa ka thabo e khōlō. Adam le Edyta, ba nyalaneng ka lilemo tse 30, ba ile ba re ka lechato le leng: “Ka sebele u ne u utloa hore ho rena moea oa Bokreste. Ho ne ho e-na le lipina tse rorisang Jehova empa ho boetse ho e-na le boithabiso bo bong bo monate. Tantši le ’mino e ne e se tsa bohlokoa hakaalo. Ho ne ho le monate ebile ho khatholla, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e lumellana le melao-motheo ea Bibele.” Ka ho hlakileng, monyali le monyaluoa ba ka etsa lintho tse ngata tse pakang hore ba bontša tumelo ka mesebetsi ea bona.
Limpho Tsa Lenyalo
15. Ke keletso efe ea Bibele e ka sebelisoang mabapi le limpho tsa lenyalo?
15 Linaheng tse ngata, ho tloaelehile hore metsoalle le ba lelapa ba fe banyalani limpho. Haeba u khetha ho etsa joalo, ke’ng seo u ka ’nang ua se hopola? Hopola seo moapostola Johanne a ileng a se bua ka “pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso.” O ile a amahanya mokhoa o joalo oa ho etsa mponeng le ‘lefatše le fetang,’ eseng le Bakreste ba bontšang tumelo ka liketso. (1 Johanne 2:16, 17) Ka lebaka la tlhaloso eo e bululetsoeng ea Johanne, na banyalani ba bacha ba lokela ho phatlalatsa mabitso a ba faneng ka limpho? Bakreste ba Macedonia le Akaia ba ile ba fana ka monehelo ho barab’abo rōna ba Jerusalema, empa ha ho na pontšo ea hore mabitso a bona a ile a phatlalatsoa. (Baroma 15:26) Bakreste ba bangata ba fanang ka limpho tsa lenyalo ba ka rata ha mabitso a bona a lula a sa tsejoe ho e-na le ipitsetsa mahlo ho sa hlokahale. Tabeng ena, hlahloba keletso ea Jesu e fumanoang ho Matheu 6:1-4.
16. Banyalani ba bacha ba ka qoba ho khopisa ba bang joang mabapi le limpho tsa lenyalo?
16 Ho bolela mabitso a ba faneng ka limpho ho ka ‘hlohlelletsa tlhōlisano’ mabapi le hore na mpho e ntle ho feta tse ling kapa e bitsang chelete e ngata haholo ke efe. Kahoo, banyalani ba bacha ba Bakreste ba bohlale ba tla qoba ho phatlalatsa mabitso a ba faneng ka limpho. Ho phatlalatsa mabitso a ba faneng ka limpho ho ka ’na ha soabisa ba bang bao mohlomong ba sa khonang ho fana ka mpho. (Bagalata 5:26; 6:10) Ke ’nete hore hase phoso ha monyali le monyaluoa ba tseba hore na ke mang ea ba fileng mpho e itseng. Mohlomong ba ka hlokomela seo kareteng e loketseng e tsamaeang le mpho eo empa e sa baloe phatlalatsa. Ha re reka mpho ea lenyalo, kapa re fana ka eona ebile re e amohela, kaofela re ba le monyetla oa ho bontša hore esita le tabeng e joalo ea botho, tumelo ea rōna e ama liketso tsa rōna.a
17. Sepheo sa Bakreste e lokela ho ba sefe mabapi le tumelo ea bona le mesebetsi?
17 Ka sebele ho bontša tumelo ho akarelletsa ho fetang feela ho phela ka boitšoaro, ho ea libokeng tsa Bokreste le ho kopanela mosebetsing oa boboleli. E se eka kaofela re ka ba le tumelo e phelang e amang sohle seo re se etsang. Ka sebele re ka bontša tumelo ka liketso tse ‘etsoang ka botlalo,’ ho kopanyelletsa le likarolong tsa bophelo tse tšohliloeng ka holimo.—Tšenolo 3:2.
18. Mantsoe a ho Johanne 13:17 a ka phethahala joang mabapi le machato le ’moka ea Bakreste?
18 Ka mor’a hore Jesu a behele baapostola ba hae ba tšepahalang mohlala o motle ka ho etsa ketso ea boemo bo tlaase ea ho ba hlatsoa maoto, o ile a re: “Haeba le tseba lintho tsena, lea thaba haeba le li etsa.” (Johanne 13:4-17) Libakeng tseo re phelang ho tsona kajeno, e ka ’na eaba ha ho hlokahale kapa ha hoa tloaeleha ho hlatsoa motho e mong maoto, mohlomong e le moeti ea re etetseng lapeng. Leha ho le joalo, joalokaha re hlahlobile sehloohong sena, ho na le likarolo tse ling tsa bophelo tseo ho tsona re ka bontšang tumelo ka liketso tse lerato, tse nahanelang, ho akarelletsa le tse amanang le ’moka ea boithabiso le machato a Bakreste. Re ka bontša tumelo ka liketso tse joalo ebang rea nyalana kapa re baeti lechatong kapa ’mokeng o thabisang o latelang lechato oa Bakreste ba batlang ho bontša tumelo ka liketso tsa bona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Likarolo tse ling tsa machato le mekete e tsamaeang le ’ona li tšohliloe sehloohong se latelang se reng, “Eketsa Thabo le Seriti sa Letsatsi la Hao la Lechato.”
U ka Araba Joang?
U ka bontša joang hore u na le tumelo
• ha u hlophisa ’moka oa boithabiso?
• ha u lokisetsa lechato kapa mokete oa lenyalo?
• ha u fana ka limpho tsa lenyalo kapa u li fuoa?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Esita leha u mema batho ba ’maloa feela, u tataisoe ke “bohlale bo tsoang holimo”