Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yc thuto 6 maq. 14-15
  • Davida o ne a sa Tšabe Letho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Davida o ne a sa Tšabe Letho
  • Ruta Bana ba Hao
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Davida—Lebaka le Entseng Hore e be ea Sebete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Davida le Goliathe
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • “Ntoa ke ea Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Davida le Goliathe
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Ruta Bana ba Hao
yc thuto 6 maq. 14-15

Thuto ea 6

Davida o ne a sa Tšabe Letho

U etsa eng ha u tšohile?— Mohlomong u ea ho ’mè oa hao le ntate oa hao e le hore ba u thuse. Empa ho na le motho e mong hape ea ka u thusang. O matla ho feta batho bohle. Na ua tseba hore na ke mang?— E, ke Jehova Molimo. A re ke re bue ka mohlankana e mong ea hlahang ka Bibeleng ea bitsoang Davida. O ne a sa tšabe letho hobane o ne a tseba hore Jehova o lula a mo thusa.

Ho tloha ha Davida e sa le lesea, batsoali ba hae ba ile ba mo ruta hore a rate Jehova. Sena se ile sa etsa hore Davida a se ke a tšoha ha a hlaheloa ke lintho tse mo tšosang. O ne a tseba hore Jehova ke Motsoalle oa hae le hore O tla mo thusa. Ka letsatsi le leng ha Davida a ntse a hlokometse linku, ho ile ha hlaha tau e khōlō ’me e ile ea tšoara nku ka molomo oa eona! Na ua tseba hore Davida o ile a etsa eng? O ile a lelekisa tau eo ’me a e bolaea! Hape, ha bere e ne e hlasela linku, le eona Davida o ile a e bolaea! U nahana hore ke mang ea ileng a thusa Davida?— E, ke Jehova.

Ho na le nako e ’ngoe eo Davida a ileng a bontša hore o sebete haholo. Baiseraele ba ne ba loana le batho ba neng ba bitsoa Bafilista. E mong oa masole a Bafilista e ne e le monna ea molelele haholo, e le senatla! Lebitso la hae e ne e le Goliathe. Senatla sena se ne se soma masole a Baiseraele le Jehova. Goliathe o ile a re masole a Baiseraele a tsoe ’me a loane le eena. Empa Baiseraele bohle ba ne ba tšaba ho loana le eena. Ha Davida a utloa seo, o ile a re ho Goliathe: ‘Ke tla loana le uena! Jehova o tla nthusa ’me ke tla u hlōla!’ Na u nahana hore Davida o ne a le sebete?— E, haholo. Na u batla ho tseba hore na ho ile ha etsahala eng ka mor’a moo?

Davida o ile a nka letjeketjane la hae le majoe a mahlano a boreleli ’me a loana le senatla seo. Ha Goliathe a bona kamoo Davida a neng a le monyenyane kateng, o ile a mo soma. Empa Davida o ile a re ho eena: ‘U tla ho ’na ka sabole empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova!’ Eaba o kenya lejoe ka letjeketjaneng, a matha a lebile ho Goliathe ’me a mo betsa ka lona. Lejoe la otla Goliathe hantle pakeng tsa mahlo! Senatla sa oela fatše, sa ba sa shoa! Bafilista ba ile ba tšoha eaba kaofela baa baleha. Ho tlile joang hore moshanyana e monyenyane joaloka Davida a khone ho hlōla senatla seo?— Jehova o ile a mo thusa ’me Jehova o ne a le matla haholo ho feta senatla seo!

Davida o bolaea Goliathe

Davida o ne a sa tšabe letho hobane o ne a tseba hore Jehova o tla mo thusa

U ithuta eng paleng ea Davida?— Jehova o matla ho feta batho bohle. Hape ke Motsoalle oa hao. Kahoo, ha ho ka ba le ntho e ka u tšosang, hopola hore Jehova a ka u thusa hore u be sebete!

BIBELENG EA HAO BALA

  • Pesaleme ea 56:3, 4

  • 1 Samuele 17:20-54

LIPOTSO:

  • Davida o ile a etsa eng ha tau le bere li ne li hlasela linku tsa hae?

  • Ha Goliathe a ne a soma Jehova, Davida o ile a re’ng ho eena?

  • Davida o ile a hlōla Goliathe joang?

  • Ke hobane’ng ha Davida a ne a sa tšabe tau, bere le senatla?

  • Re ka ithuta eng paleng ea Davida?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela