Thuso ea ho Itokolla Botlokotsebeng
Ka mongolli oa Tsoha! Fora
LIKETSAHALO tsa morao tjena li bontšitse tlōlo ea molao le tsamaiso ka tsela e tšosang metseng e mengata ea litoropo ea Fora. Ho latela makasine ea Sefora, L’Express, “pefo ea metse ea litoropong e eketsehile ka makhetlo a imenneng hahlano lilemong tse tšeletseng.” Ho feta moo, palo ea bana ba amehang bonokoaneng bo mabifi e eketsehile haholo.
Ho phaella ho senyeng thepa, ho sebetsaneng le lithethefatsi, ho qhekelleng, ho cheseng thepa ka lonya le ho utsoeng, litlokotsebe li ’nile tsa korola baemeli ba ’Muso. Har’a ba bang, mapolesa, bo-ralitima-mollo le basebetsi ba lipalangoang tsa sechaba ba lula ba tobana le phephetso e mabifi.
Ke hobane’ng ha ho e-na le pefo e ngata hakaale? Litsebi tse peli litabeng tsa kahisano lia hlalosa: “Ho qhalana ha malapa ke ho fetohela sohle se emeloang ke bolaoli.” Li boetse li bolela hore “[bacha] ba ikutloa ba lahliloe kherehloa ke ba boholong” ’me ha ba na “tšepo ea bokamoso bo atlehileng.”
Kamehla Lipaki tsa Jehova li ruta molaetsa oa Bibele o fanang ka tšepo libakeng tseo ho tsona botlokotsebe bo atileng. Lenaneong le bileng teng morao tjena thelevisheneng ea Fora, moqolotsi e mong oa litaba o ile a hlokomela: “Lipaki tsa Jehova li kena hohle metseng ea litoropo le metseng e ka mathōko—libaka tseo ka linako tse ling ho bonahalang li qheletsoe ka thōko ke litšebeletso tsa sechaba, mapolesa le ’muso ka booona. Mehahong le literateng tsena, lia bua hape lia mamela.” Mosebetsi oa tsona o na le phello e ntle, joalokaha lengolo le latelang le tsoang ho mocha ea balang Tsoha! le bontša.
“Ke rata ho le leboha ka pelo eohle ea ka bakeng sa lingoliloeng tsa lōna. Ha lea thusa ’na ka seqo feela, empa kamano ea ka le batsoali ba ka le eona e ntlafetse. Ke lilemo li 16 feela ’me ke Momosleme.
“Seo ke ratang ho le bolella sona ke hore le atlehile ho nkinola botlokotsebeng. Ka lebaka leo, ke khomaretse bolumeli ba ka haholoanyane, empa ke boetse ke bala Bibele. Ka lebaka la lōna, ke boetse ke tsoela pele ka lithuto tsa ka. Ho feta moo, ka limakasine tsa lōna le thusitse batho ba ’maloa sebakeng seo ke lulang ho sona hore ba itokolle botlokotsebeng—e leng bao ke ba alimang tsona khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Ke le leboha haholo ’me ke ikutloa ke le kolota.”