Na Batho ba Okinawa ba na le Lekunutu la ho Phela Nako e Telele?
KA MONGOLI OA TSOHA! JAPANE
◼ Ka 2006 ho ile ha hakanyetsoa hore har’a baahi ba limilione tse 1,3 ba lihlekehlekeng tsa Okinawa, Japane, ba ka bang 740 ba ne ba se ba phetse lilemo tse 100 kapa ho feta, ’me ho bona ba etsang karolo ea 90 lekholong e ne e le basali. Ho latela Phuputso ea Batho ba Qetileng Lilemo Tse Lekholo e etsoang Okinawa, e eteletsoeng pele ke Dr. Makoto Suzuki, sena se bolela hore ho batho ba bang le bang ba 100 000 ba 50 ba ne ba se ba phetse lilemo tse lekholo kapa ho feta. Linaheng tse ngata tse tsoetseng pele, ke batho ba 10 ho isa ho ba 20 ho ba bang le bang ba 100 000.
Phuputso ena e ntseng e tsoela pele eo ho lumeloang hore ke eona “phuputso e nkileng nako e telele ka ho fetisisa lefatšeng ea batho ba qetileng lilemo tse lekholo” e bontšitse hore “ba bangata ba batho bana ba seng ba phetse lilemo tse lekholo, ba phela hantle ’meleng.” Ho fumana lebaka la seo, Suzuki le moifo oa hae ba ile ba hlahloba tsela eo batho ba fetang 900 ba seng ba qetile lilemo tse lekholo ba phelang ka eona le ho hlahloba liphatsa tsa bona tsa lefutso, hammoho le tsa batho ba bang ba bangata ba Okinawa ba lilemo li 70 kapa ho feta. Bafuputsi ba ile ba fumana hore ka tloaelo maqheku ana a masesaane, a phetse hantle, ebile a matla, methapo ea ’ona ea pelo ha ea koaleha ’me ha a kotsing e kaalo ea ho tšoaroa ke kankere le lefu la pelo. Ho ’ona, e ne e le a fokolang feela a habileng lilemo tse lekholo a nang le bothata ba ho lahleheloa ke kelello ha a bapisoa le a linaheng tse ling tse ruileng. Lebaka la seo e ne e le lefe?
Lebaka le leng le ka sehloohong e ne e le liphatsa tsa ’ona tsa lefutso. Empa ho ne ho boetse ho e-na le mabaka a mang—a ne a sa tsube, a noa ka tsela e itekanetseng a bile a ja lijo tse nang le phepo e ntle. Batho ba Okinawa ha ba je lijo tse nontšang ’me ba ja meroho le litholoana haholo, ba ja lijo tse nang le litlheferetsi le mafura a molemo ’meleng. Ka tloaelo batho ba khaotsa ho ja pele ba khora haholo. Dr. Bradley Willcox, e leng e mong oa bafuputsi, o re: “U lokela ho khaotsa ho ja hang ha u qala ho utloa hore u khotše. Mpa e nka metsotso e ka bang 20 pele e fetisetsa molaetsa bokong.”
Batho ba Okinawa ba lula ba le sehlahlo ka hore ba leme lirapa, ba tsamaee ka maoto, ba tantše tantši ea setšo, kapa ba etse lintho tse ling. Ha ho ne ho etsoa liteko tsa hore na ke batho ba joang, ho ile ha fumaneha hore batho bana ba qetileng lilemo tse lekholo ke batho ba nang le tšepo ea hore lintho li tla tsamaea hantle bophelong ebile ba feto-fetoha le maemo. Ke batho ba tsebang ho khoba matšoafo ha ho nyolosetsa ’me basali ka ho khetheha “ba khona ho sebelisana le batho ba bang.”
Willcox o re “ha ho na pilisi ea mohlolo” e etsang hore batho ba phele nako e telele. Joalokaha phuputso eo e bontšitse, ho etsoa ke liphatsa tsa lefutso, lijo tseo batho ba li jang, boikoetliso, ho itloaetsa ho etsa lintho tse nepahetseng “le ho sebetsana le maemo a sithabetsang ka tsela e loketseng.”