Ke Jwang Sehlabelo sa Jesu e Leng Thekollo Bakeng sa Rona?
Karabo ya Bibele
Sehlabelo sa Jesu ke sona seo Modimo a se sebedisang ho lopolla batho sebeng le lefung. Bibele e re madi a Jesu a tsholotsweng ke tefo ya thekollo. (Baefese 1:7; 1 Petrose 1:18, 19) Jesu o ile a re o tletse ho fana ka “thekollo . . . bakeng sa ba bangata.”—Matheu 20:28.
Ke hobaneng ha batho ba ne ba hloka thekollo?
Motho wa pele, e leng Adama o ne a bopilwe a phethahetse a se na sebe. O ne a na le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng empa monyetla oo o ile wa mo lahlehela ha a ne a kgetha ho se mamele Modimo. (Genese 3:17-19) Bana ba hae ba ile ba futsa sebe sa hae. (Baroma 5:12) Ke ka hoo Bibele e reng Adama le bana ba hae ba “rekisitswe” bokgobeng ba sebe le lefu. (Baroma 7:14) Ka ha ha ba aa phethahala, ho ne ho se na motho ya ka rekang bophelo bo phethahetseng boo Adama a bo lahlileng.—Pesaleme ya 49:7, 8.
Modimo o ile a utlwela bana ba Adama bohloko hobane ba ne ba se na tshepo ya ho phela ka ho sa feleng. (Johanne 3:16) Modimo o rata toka, ke ka hoo a neng a ke ke a iphapanyetsa sebe sa bona feela kantle ho mabaka. (Pesaleme ya 89:14; Baroma 3:23-26) Ka ha Modimo o rata batho, ha aa ka a etsa tokisetso ya hore dibe tsa bona di tshwarelwe feela empa o ile a etsa tokisetso ya molao ya hore di hlakolwe ka ho felletseng. (Baroma 5:6-8) Thekollo ke tokisetso ya molao.
Thekollo e sebetsa jwang?
Ka Bibeleng, lentswe “thekollo” le amana le dintho tsena tse tharo:
Ke tefo.—Numere 3:46, 47.
E ya lopolla kapa ya lokisa.—Exoda 21:30.
E lekana le boleng ba ntho e patalwang.a
Bona hore na dintho tsena di amana jwang le sehlabelo sa Jesu Kreste.
Tefo. Bibele e re Bakreste ba ile ba “rekwa ka theko.” (1 Bakorinthe 6:20; 7:23) Theko ke madi a Jesu a ileng a “rekela Modimo batho molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le setjhabeng se seng le se seng.”—Tšenolo 5:8, 9.
Lopolla. Sehlabelo sa Jesu se fana ka “tokollo ka thekollo” sebeng.—1 Bakorinthe 1:30; Bakolose 1:14; Baheberu 9:15.
Boleng. Sehlabelo sa Jesu se lekana hantle le seo Adama a se lahlileng e leng bophelo bo phethahetseng. (1 Bakorinthe 15:21, 22, 45, 46) Bibele e re: “feela jwalo ka ha ka ho se mamele ha motho a le mong [Adama] ba bangata ba ile ba etswa baetsadibe, ka ho tshwanang ka ho mamela ha motho a le mong [Jesu Kreste] ba bangata ba tla etswa ba lokileng.” (Baroma 5:19) Sena se ya bontsha hore na lefu la motho a le mong le ka patalla thekollo ya batho ba bangata jwang. Ke “thekollo e lekanang bakeng sa bohle” ba nkang mehato e loketseng hore ba fumane molemo ho yona.—1 Timothea 2:5, 6
a Ka Bibeleng lentswe le fetoletsweng e le “thekollo” le bolela patala kapa boleng ba ntho e patalwang. Ka Bibeleng lentswe la Seheberu ka·pharʹ le bolela ho “kwahela.” (Genese 6:14) Hangata le sebediswa moo ho buuwang ka ho kwahela dibe. (Pesaleme ya 65:3) Lentswe le amang le leo, koʹpher le sebediswa ha ho buuwa ka tefo e patetsweng ho kwahela kapa ho lopolla. (Exoda 21:30) Ka ho tshwanang, lentswe la Segerike lyʹtron, leo hangata le fetolelwang e le “thekollo,” le ka bolela “theko e lopollang.” (Matheu 20:28; The New Testament in Modern Speech, by R. F. Weymouth) Bangodi ba Segerike ba ne ba sebedisa lentswe lena ha ba bua ka ho patala thekollo ya motshwaruwa ntweng kapa ho lokolla lekgoba.