Kosepele ya Mareka
1 Ditaba tse monate tse buang ka Jesu Kreste Mora wa Modimo di qala tjena: 2 Mantswe a ngotsweng ke moprofeta Esaia a re: “(Ke romela moromuwa wa ka pele ho wena* ya tla lokisa tsela ya hao.)+ 3 Ho na le motho ya hweletsang lefeelleng a re: ‘Lokisang tsela ya Jehova,* otlollang ditsela tsa hae.’”+ 4 Johanne Mokolobetsi o ne a le lefeelleng, a bolella batho hore ba kolobetswe ho bontsha hore ba bakile e le hore ba tshwarelwe dibe.+ 5 Baahi bohle ba Judea le Jerusalema ba ya ho yena. Ba ne ba ipolela dibe phatlalatsa ebe o ba kolobetsa* Nokeng ya Jordane.+ 6 Johanne o ne a apara diaparo tsa boya ba kamele, a itlama ka lebanta la letlalo thekeng,+ dijo tsa hae e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naheng.+ 7 O ne a ruta a re: “Ho na le ya matla ho mpheta ya tlang. Ha ke tshwanelehe ho inama ke fasolla marapo a dieta* tsa hae.+ 8 Ke le kolobeditse ka metsi empa yena o tla le kolobetsa ka moya o halalelang.”+
9 Nakong eo, Jesu a tswa Nazaretha e Galilea mme a kolobetswa Jordane ke Johanne.+ 10 Hang ha a tswa ka metsing a bona mahodimo a buleha yaba moya o halalelang o theohela hodima hae jwalo ka leeba.+ 11 Yaba lentswe le tswa mahodimong le re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlisang.”+
12 Hanghang moya o halalelang wa mo tataisetsa lefeelleng. 13 Ka hoo, a qeta matsatsi a 40 lefeelleng, yare ha a le moo Satane a mo leka.+ Moo ho ne ho ena le dibata empa mangeloi a ne a mo sebeletsa.+
14 Ka mora hore Johanne a tshwarwe, Jesu a kena Galilea+ a ntse a bolella batho ditaba tse monate tsa Modimo.+ 15 O ne a re: “Nako e behilweng e fihlile mme Mmuso wa Modimo o atametse. Bakang+ le be le amohele ditaba tse monate tsa Modimo.”
16 Ha a ntse a tsamaya haufi le Lewatle la Galilea a bona Simone le ngwanabo e leng Andrease+ ba akgela matlowa* a bona ka lewatleng.+ E ne e le batshwasi ba ditlhapi.+ 17 Jesu a re ho bona: “Ntshaleng morao, ke tla le etsa batshwasi ba batho.”+ 18 Hanghang ba tlohela matlowa a bona yaba ba a mo latela.+ 19 Yare ha a fetela pele, a bona bara ba Zebedea e leng Jakobo le Johanne ba le ka sekepeng sa bona ba lokisa matlowa a bona+ 20 yaba hanghang o a ba bitsa. Ba siya ntate wa bona Zebedea le banna ba hirilweng ka sekepeng, ba mo sala morao. 21 Ba tsamaya ho ya kena Kapernauma.
Ka Sabatha a ya ka tlung ya thapelo* yaba o qala ho ruta.+ 22 Batho ba ne ba tsota tsela eo a rutang ka yona hobane ha a ba ruta, ho ne ho utlwahala hore o fuwe matla ke Modimo. O ne a sa ba rute jwalo ka bangodi ba bona.+ 23 Ka tlung ya bona ya thapelo* motho e mong ya neng a ena le modemona a hweletsa a re: 24 “O batlang ho rona Jesu wa Monazaretha?+ Na o tlo re fedisa? Ke tseba hantle hore na o mang, o Mohlanka ya Halalelang wa Modimo.”+ 25 Empa Jesu a kgalemela modemona eo ka thata a re: “Thola, o tswe ho yena!” 26 Modemona eo a hweletsa haholo a ba a etsa hore motho eo a thothomele ha bohloko yaba o tswa ho yena. 27 Batho bohle ba makala haholo, ba qala ho buisana ba re: “Hoo keng? E tlameha ebe ke mokgwa o motjha wa ho ruta.* O na le matla a ho leleka bademona ebile ba a mo mamela.” 28 Ka hoo, dintho tseo a di entseng tsa tsebahala kapele dibakeng tsohle tse Galilea.
29 Ka nako eo, ba tswa ka tlung ya thapelo* mme ba ya lapeng la Simone le Andrease ba ena le Jakobo le Johanne.+ 30 Mohwehadi wa Simone*+ o ne a robetse a tshwerwe ke feberu mme hanghang ba bolella Jesu ka yena. 31 Jesu a ya ho yena a mo tshwara ka letsoho a mo phahamisa. Mohwehadi wa Simone a fola yaba o ba etsetsa dijo.
32 Mantsiboya ha letsatsi le diketse, batho ba mo tlisetsa bohle ba kulang le ba nang le bademona+ 33 mme motse wohle wa bokana hona moo monyako. 34 Ka hoo, a phekola ba bangata ba neng ba tshwerwe ke mafu a sa tshwaneng,+ a leleka le bademona ba bangata. Empa o ne a sa dumelle bademona ho bua hobane ba ne ba tseba hore ke Kreste.*
35 A tsoha ka meso ho sa le lefifi, a tswela ka ntle yaba o ya moo a leng mong, ha a fihla moo a rapela.+ 36 Simone le ba nang le yena ba mo batla hohle. 37 Ha ba mo fumana ba re ho yena: “Batho kaofela ba ntse ba o batla.” 38 Empa a re ho bona: “A re yeng ditoropong tse ding tse haufi e le hore nka ruta le moo ka ha ke yona ntho eo ke e tletseng.”+ 39 A ya, a ruta ka matlung a bona a thapelo* ho potoloha Galilea yohle a bile a leleka bademona.+
40 Molepera e mong a tla ho yena, a mo kopa a bile a kgumame a re: “Haeba feela o batla, o ka ntlhwekisa.”+ 41 Jesu a mo hauhela mme a otlolla letsoho a mo tshwara yaba o re ho yena: “Ke a batla, hlweka.”+ 42 Lepera la nyamela hanghang mme a hlweka. 43 A mo laya ka thata yaba o re a tsamaye, 44 a re ho yena: “O etse bonnete ba hore ha o re letho ho mang kapa mang empa o ye ho moprista a o bone. O etse dinyehelo tseo Moshe a itseng di etswe+ e le hore o hlweke, hore e be bopaki ho baprista.”+ 45 Empa ha monna eo a tloha, a bolella batho ditaba tsena tsohle, hoo Jesu a neng a se a tlameha ho kena metseng a sa bonwe. O ne a dula dibakeng tse ka ntle tse hole haholo. Ho ntse ho le jwalo, batho ba nna ba tla ho yena ba hlaha ka mahlakoreng ohle.+