Dipesaleme
Ho motsamaisi. E binwe ka mokgwa wa Jeduthune.* Pina ya Davida.
62 Ke letela Modimo ke kgutsitse.
Ke yena ya mpholosang.+
2 Ke lefika la ka le mopholosi wa ka, setshabelo sa ka se sireletsehileng.*+
Nke ke ka sisinngwa haholo le ka mohla.+
3 Le tla otla motho ho fihlela neng e le hore le mo bolaye?+
Kaofela ha lona le kotsi jwalo ka lerako la majwe le sekameng, le seng le le haufi le ho wa.*
4 Ba a rerisana hore ba mo theole boemong ba hae bo phahameng.*
Ba thabela ho bua leshano.
Ba hlohonolofatsa ka melomo ya bona empa ka dipelong tsa bona ba a rohakana.+ (Selah)
6 Ke lefika la ka le mopholosi wa ka, setshabelo sa ka se sireletsehileng.
Nke ke ka sisinngwa le ka mohla.+
7 Poloko ya ka le kganya ya ka di itshetlehile ka Modimo.
Modimo ke lefika la ka le matla le setshabelo sa ka.+
8 Le mo tshepe ka dinako tsohle, lona setjhaba.
Le mo bolelle dintho tsohle tse ka dipelong tsa lona.+
Modimo ke setshabelo sa rona.+ (Selah)
Ba bofefo ho feta moya ha ba bapiswa le ona sekaleng.+
10 Le se ke la tshepa bolotsana
Kapa la tshepa boshodu.
Haeba maruo a lona a eketseha, le se ke la beha dipelo tsa lona ho ona.+
11 Ke utlwile habedi hore Modimo o itse:
Matla ke a Modimo.+
12 Lerato* le lona ke la hao, Jehova.+
O putsa motho e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae.+