Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • nwt 1 Marena 1:1-22:53
  • 1 Marena

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • 1 Marena
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
1 Marena

BUKA YA PELE YA MARENA

1 Morena Davida o ne a tsofetse+ haholo hoo le hoja a ne a apeswa dikobo a neng a sa futhumale. 2 Bahlanka ba hae ba re ho yena: “Morena, re dumelle hore re o batlele ngwanana eo e ntseng e le morwetsana, o tla o sebeletsa mme a o hlokomele. A robale sefubeng sa hao e le hore o futhumale.” 3 Ba batlana le ngwanana e motle naheng yohle ya Iseraele mme ba fumana Abishage+ wa Moshuneme+ yaba ba mo tlisa ho morena. 4 Ngwanana eo o ne a le motle haholo. O ile a hlokomela morena le ho mo sebeletsa empa morena ha a ka a robala le yena.

5 Adonija+ mora wa Hagithe o ne a iphahamisa a re: “Ke tlo ba morena!” O ile a re a etsetswe kariki ya ntwa le hore ho be le bapalami ba dipere le banna ba 50 ba mathang ka pela hae.+ 6 Empa ntate wa hae o ne a eso ka a mo kgalemela* a re: “Ke hobaneng ha o entse ntho ee?” Adonija o ne a le motle haholo mme a hlahlama Absalome. 7 A buisana le Joabe mora wa Tseruja le moprista Abiathare+ yaba ba a mo thusa le ho mo tshehetsa.+ 8 Empa moprista Tsadoke,+ Benaia+ mora wa Jehojada, moprofeta Nathane,+ Shimei,+ Rei le masole a Davida a matla+ ha ba a ka ba tshehetsa Adonija.

9 Adonija a etsa sehlabelo+ ka dinku, dikgomo le diphoofolo tse nonneng lejweng la Zohelethe haufi le Ene-rogele. O ile a mema bana babo bohle e leng bara ba morena le banna bohle ba Juda e leng bahlanka ba morena. 10 Empa o ne a sa mema moprofeta Nathane, Benaia, masole a matla le Solomone ngwanabo. 11 Nathane+ a re ho Bathe-sheba+ mme wa Solomone:+ “Na ha o a utlwa hore Adonija+ mora wa Hagithe e se e le morena mme Morena Davida ha a tsebe letho ka taba ee? 12 Ke kopa o tle ke tlo o eletsa e le hore o ka pholosa bophelo ba hao le ba mora wa hao Solomone.+ 13 Eya ho Morena Davida mme o re ho yena, ‘Na ha se wena morenaka ya ileng a hlapanyetsa nna mohlanka wa hao wa re: “Mora wa hao Solomone e tla ba morena ka mora ka mme ke yena ya tla dula teroneng ya ka”?+ Jwale ke hobaneng ha Adonija e le morena?’ 14 Ha o ntse o bua le morena, ke tla fihla mme ke mo bolelle hore taba eo o e buang ke nnete.”

15 Bathe-sheba a ya ho morena ka kamoreng ya hae ya ho robala. Morena o ne a tsofetse haholo mme Abishage+ wa Moshuneme o ne a mo sebeletsa. 16 Bathe-sheba a kgumama* ka pela morena mme morena a re: “O kopa eng?” 17 A re: “Morenaka, ke wena ya ileng a hlapanyetsa nna mohlanka wa hao ka Jehova Modimo wa hao wa re, ‘Mora wa hao Solomone e tla ba morena ka mora ka mme ke yena ya tla dula teroneng ya ka.’+ 18 Empa Adonija e se e le morena mme ha o tsebe letho ka taba ena morenaka.+ 19 O entse mahlabelo ka dipoho, diphoofolo tse nonneng le dinku tse ngata mme o memme bara bohle ba morena, moprista Abiathare le molaodi wa sesole e leng Joabe.+ Empa ha a mema mohlanka wa hao Solomone.+ 20 Morenaka, Baiseraele bohle ba emetse hore o ba bolelle hore na ke mang eo e tla ba morena ka mora hao. 21 Ho seng jwalo, ha o shwa,* nna le mora wa ka Solomone re tla nkwa re le dira.”

22 Ha Bathe-sheba a ntse a bua le morena, moprofeta Nathane a fihla.+ 23 Ba re ho morena: “Moprofeta Nathane ke enwa!” A tla ho morena a kgumama ka pela hae. 24 Nathane a re: “Morenaka, na o itse Adonija e tla ba mohlahlami wa hao?+ 25 Kajeno o ilo etsa sehlabelo+ ka dipoho, diphoofolo tse nonneng le dinku tse ngata ebile o memme bara bohle ba morena, balaodi ba masole le moprista Abiathare.+ Ba na le yena moo ba ntse ba ja ebile ba nwa mme ba ntse ba re, ‘Morena Adonija a ke a phele!’ 26 Empa nna, moprista Tsadoke, Benaia+ mora wa Jehojada le mora wa hao Solomone ha re a mengwa. 27 Na morenaka o dumelletse taba ee o sa mpolella hore na ke mang ya lokelang ho o hlahlama?”

28 Morena Davida a re: “Mpitsetseng Bathe-sheba.” A tla mme a ema ka pela morena. 29 Morena a ikana a re: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo ya phelang, ya mpholositseng mathateng ohle a ka+ 30 feela jwalo ka ha ke o hlapanyeditse ka Jehova Modimo wa Iseraele ka re, ‘Mora wa hao Solomone o tla ntlhahlama mme ke yena ya tla dula teroneng ya ka sebakeng sa ka!’ Ke yona ntho eo ke tla e etsa kajeno.” 31 Bathe-sheba a kgumama ka pela morena mme a re: “E se eka Morena Davida a ka phela ka ho sa feleng!”

32 Morena Davida a re: “Mpitsetseng moprista Tsadoke, moprofeta Nathane le Benaia+ mora wa Jehojada.”+ Ba tla ho morena. 33 Morena a re ho bona: “Tsamayang le bahlanka ba ka mme le palamise mora wa ka Solomone mmoulo*+ wa ka le mo ise Gihone.+ 34 Moprista Tsadoke le moprofeta Nathane ba tla mo tlotsetsa+ moo hore e be morena wa Iseraele mme le letse lenaka le re, ‘Morena Solomone a ke a phele!’+ 35 Le mo latele mme o tla kena a dule teroneng ya ka. E tla ba morena sebakeng sa ka mme ke tla mo kgetha hore e be moetapele wa Iseraele le wa Juda.” 36 Benaia mora wa Jehojada a re ho morena: “Amen! E se eka Jehova Modimo wa morenaka a ka tiisa taba ena. 37 E se eka Jehova a ka ba le Solomone+ feela jwalo ka ha a ile a ba le wena hape a etse hore mmuso wa hae o be matla ho feta mmuso wa Morena Davida.”+

38 Moprista Tsadoke, moprofeta Nathane, Benaia+ mora wa Jehojada, Bakerethe le Bapelethe+ ba tsamaya mme ba palamisa Solomone mmoulo wa Morena Davida,+ ba mo isa Gihone.+ 39 Moprista Tsadoke a nka lenaka le tshetseng oli+ ka tenteng+ yaba o tlotsa Solomone.+ Ka mora moo, ba letsa lenaka mme batho bohle ba hweletsa ba re: “Morena Solomone a ke a phele!” 40 Ka mora moo, batho bohle ba tsamaya le yena ba mo latela, ba ne ba thabile haholo mme ba letsa makodilo, ba entse lerata hoo lefatshe le ileng la thothomela.+

41 Adonija le batho bohle bao a neng a ba memme ba utlwa lerata lena ha ba qeta ho ja.+ Ha Joabe a utlwa modumo wa lenaka a re: “Ke hobaneng ha ho ena le lerata le lekaa motseng?” 42 Ha a sa ntse a bua, Jonathane+ mora wa moprista Abiathare a fihla. Adonija a re: “Kena hobane o monna ya lokileng* mme e tlameha ebe o tlisitse ditaba tse monate.” 43 Empa Jonathane a araba Adonija a re: “Tjhe, ha ke a tlisa ditaba tse monate, Morena Davida o entse Solomone morena. 44 O ile a mo tsamaisa le moprista Tsadoke, moprofeta Nathane, Benaia mora wa Jehojada, Bakerethe le Bapelethe, a palame mmoulo wa morena.+ 45 Moprista Tsadoke le moprofeta Nathane ba mo tlotseditse Gihone hore e be morena. Ka mora moo, ba kgutla ba thabile mme batho ba motse ba ntse ba keteka. Ke lona lerata leo le neng le le utlwa. 46 Ho feta moo, Solomone o se a bile a dutse teroneng ya borena. 47 Hape bahlanka ba Morena Davida ba ile ho yena ho ya mo lebohisa ba re, ‘E se eka Modimo a ka etsa hore lebitso la Solomone le tsebahale ho feta la hao le mmuso wa hae o be matla ho feta wa hao!’ Yaba morena o inama a le betheng. 48 Morena le yena o itse, ‘Ho roriswe Jehova Modimo wa Iseraele eo kajeno a kgethileng motho ya tla dula teroneng ya ka, ya ntumeletseng hore ke bone seo.’”

49 Batho bohle ba neng ba menngwe ke Adonija ba tshoha haholo yaba e mong le e mong o a tsamaya. 50 Adonija le yena o ne a tshohile Solomone. Ka hoo, a tsamaya a ya aletareng mme a fihla a tshwara manaka a yona.+ 51 Solomone a bolellwa sena: “Adonija o tshohile Morena Solomone mme o tshwere manaka a aletare o re, ‘Morena Solomone a ke a ntlhapanyetse hore a ke ke a mpolaya ka sabole.’” 52 Solomone a re: “Haeba e le monna ya itshwereng hantle, a ke ke a lematswa* empa haeba a etsa ntho le ha e le efe e mpe+ o tla bolawa.” 53 Morena Solomone a romela batho hore ba mo late aletareng. A kena mme a inamela Morena Solomone. Ka mora moo, Solomone a re ho yena: “Eya ntlong ya hao.”

2 Ha Davida a le haufi le ho shwa, a fa mora wa hae Solomone ditaelo tsena: 2 “Ke haufi le ho shwa, ka hoo eba matla+ mme o be sebete jwalo ka monna.+ 3 O mamele Jehova Modimo wa hao ka hore o tsamaye ditseleng tsa hae, o mamele ditaelo, melao le dikgopotso tsa hae jwalo ka ha di ngotswe Molaong wa Moshe.+ Ha o etsa jwalo, o tla atleha dinthong tsohle tseo o di etsang le hohle moo o yang teng. 4 Jehova o tla etsa seo a ntshepisitseng sona ha a ne a re: ‘Haeba bara ba hao ba ka dula ba ntshepahalla ka dipelo tsohle tsa bona le ka moya*+ wohle wa bona, ho tla dula ho ena le e mong wa leloko la hao* ya dutseng teroneng ya Iseraele.’+

5 Hape o tseba seo Joabe mora wa Tseruja a nkentseng sona le seo a se entseng balaodi ba babedi ba masole a Iseraele e leng Abnere+ mora wa Nere le Amasa+ mora wa Jethere. O ile a ba bolaya+ nakong eo ho neng ho ena le kgotso, a tshela lebanta la hae leo a neng a le tlamme thekeng le dieta* tsa hae ka madi. 6 O etse dintho ka bohlale mme o se ke wa mo tlohela hore a phele ho fihlela a tsofala empa o mo bolaye.*+

7 O be mosa* ho bara ba Barzilai+ wa Mogileade mme ba be hara batho ba jang tafoleng ya hao hobane ba ile ba ntshehetsa+ ha ke ne ke baleha abuti wa hao Absalome.+

8 O hopole le Shimei mora wa Gera wa Benjamine ya tswang Bahurime. Ke yena ya ileng a nthohaka+ ha ke ne ke ya Mahanaime.+ Empa ha a tla ho tla kopana le nna Jordane, ke ile ka ikana ho yena ka Jehova ka re: ‘Nke ke ka o bolaya ka sabole.’+ 9 O mo fe kotlo+ hobane o monna ya bohlale mme o tseba seo o lokelang ho mo etsa sona. O mo bolaye.”*+

10 Davida a shwa* mme a patelwa Motseng wa Davida.+ 11 Davida o busitse Iseraele ka dilemo tse 40, a busa Hebrone+ ka dilemo tse supileng mme Jerusalema yona ka dilemo tse 33.+

12 Solomone a dula teroneng ya ntate wa hae Davida mme butlebutle mmuso wa hae wa eba matla.+

13 Ha nako e ntse e ya, Adonija mora wa Hagithe a tla ho Bathe-sheba mme wa Solomone. Bathe-sheba a re: “Na o tlile ka kgotso?” Adonija a re: “Ke tlile ka kgotso.” 14 A boela a re: “Ho na le taba eo ke batlang ho e bua le wena.” Bathe-sheba a re: “Bua.” 15 Adonija a re: “O tseba hantle hore ke ne ke lokela ho ba morena mme Baiseraele bohle ba ne ba lebeletse hore e be nna morena.+ Empa seo ha se a ka sa etsahala hobane Jehova o ile a kgetha ngwaneso hore e be yena morena.+ 16 Ke kopa ntho e le nngwe ho wena mme o se ke wa hana.” Bathe-sheba a re ho yena: “Bua.” 17 Adonija a re: “Ke kopa o bue le Morena Solomone hore a mphe Abishage+ wa Moshuneme hore e be mosadi wa ka ka ha wena o tla o mamela.” 18 Bathe-sheba a re: “Ho lokile, ke tla bua le morena.”

19 Bathe-sheba a ya ho Morena Solomone ho ya buella Adonija. Morena a ema ho ya kopana le yena mme a inama ka pela hae. A dula teroneng ya hae mme a re mme wa hae a behelwe terone e le hore a ka dula ka lehlakoreng la hae le letona. 20 Bathe-sheba a re: “Ho na le ntho e nyenyane eo ke e kopang ho wena mme o se ke wa hana.” Morena a re ho yena: “E kope, nke ke ka hana.” 21 A re: “Ere Abishage wa Moshuneme e be mosadi wa ngwaneno Adonija.” 22 Morena Solomone a re ho mme wa hae: “Ke hobaneng ha o kopa hore Abishage wa Moshuneme a fuwe Adonija? Ke hore o hle o mo kopele le borena+ hobane ke abuti wa ka+ mme o tshehetswa ke moprista Abiathare le Joabe+ mora wa Tseruja.”+

23 Morena Solomone a hlapanya ka Jehova a re: “E se eka Modimo a ka mpha kotlo e boima haeba nke ke ka bolaya Adonija ka lebaka la kopo ena. 24 Adonija o tla bolawa+ kajeno, ke hlapanya ka Jehova Modimo ya phelang, ya mpehileng teroneng ya ntate wa ka Davida le ya tiisitseng puso ya ka+ mme a nkahela ntlo*+ feela jwalo ka ha a ne a tshepisitse.” 25 Ka potlako Morena Solomone a romela Benaia+ mora wa Jehojada hore a yo bolaya Adonija.

26 Morena a re ho moprista Abiathare:+ “Eya masimong a hao a Anathothe.+ O lokela ho shwa empa kajeno nke ke ka o bolaya hobane o ile wa jara Areka ya Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ha o ne o ena le ntate wa ka Davida+ hape o ile wa tshehetsa ntate wa ka mathateng ohle a hae.”+ 27 Solomone a tlosa Abiathare hore a se ke a hlola a sebeletsa e le moprista wa Jehova, ho phethahatsa mantswe ao Jehova a ileng a a bua Shilo+ ka ntlo ya Eli.+

28 Ha Joabe a utlwa ditaba tsena, a balehela tenteng ya Jehova+ mme a tshwara manaka a aletare hobane o ile a thusa Adonija+ eseng Absalome.+ 29 Morena Solomone a bolellwa sena: “Joabe o balehetse tenteng ya Jehova mme o pela aletare.” Solomone a romela Benaia mora wa Jehojada a re: “Tsamaya o yo mo bolaya!” 30 Benaia a ya tenteng ya Jehova mme a re ho Joabe: “Morena o re o tlohe mona.” Empa Joabe a re: “Tjhe, ke tla shwella mona.” Benaia a isa molaetsa oo ho morena a re: “Joabe o nkarabile tjena.” 31 Morena a re ho yena: “Etsa seo a se buileng, o mo bolaye mme o mo pate. O se ke wa dumella hore nna le lelapa la ntate re ikarabelle bakeng sa batho ba se nang molato bao Joabe a ba bolaileng.+ 32 Jehova o tla etsa hore a ikarabelle bakeng sa lefu la hae hobane o bolaile banna ba babedi ba neng ba lokile ho mo feta, ntate wa ka Davida a sa tsebe. O bolaile Abnere+ mora wa Nere molaodi wa masole a Iseraele+ le Amasa+ mora wa Jethere molaodi wa masole a Juda.+ 33 Joabe le bana* ba hae ba tla ikarabella ka ho sa feleng bakeng sa lefu la bona.+ Empa e se eka Jehova a ka etsa hore ho be le kgotso bakeng sa bana* ba Davida, ntlo ya hae le terone ya hae ka ho sa feleng.” 34 Benaia mora wa Jehojada a tsamaya mme a bolaya Joabe yaba o patelwa ntlong ya hae lefeelleng. 35 Morena a kgetha Benaia+ mora wa Jehojada hore e be yena molaodi wa masole sebakeng sa Joabe, a boela a kgetha moprista Tsadoke+ sebakeng sa Abiathare.

36 Morena a bitsa Shimei+ mme a re ho yena: “Ikahele ntlo Jerusalema mme o dule moo. O se ke wa tloha moo mme wa ya sebakeng le ha e le sefe. 37 Letsatsing leo ka lona o tlohang moo mme o tshela Kgohlo ya Kidrone,+ o tsebe hore o tla shwa. O tla ikarabella bakeng sa lefu la hao.” 38 Shimei a re ho morena: “Ntho eo o e buileng e a utlwahala. Ke tla etsa feela jwalo ka ha o buile morena.” Shimei a dula Jerusalema nako e telele.

39 Empa qetellong ya dilemo tse tharo, makgoba a mabedi a Shimei a balehela ho Akishe+ mora wa Maaka morena wa Gathe. Ha Shimei a tlalehelwa hore makgoba a hae a Gathe, 40 a qhaneha tonki ya hae a ya ho Akishe ho ya batla makgoba a hae. Ha a kgutla Gathe le makgoba a hae, 41 Solomone a bolellwa sena: “Shimei o ne a tswile Jerusalema a ile Gathe ebile o se a kgutlile.” 42 Morena a re ho bitswe Shimei yaba o re ho yena: “Na ha ke a etsa hore o hlapanye ka Jehova ka ba ka o lemosa ka re: ‘Letsatsing leo ka lona o tlohang mona ho ya sebakeng le ha e le sefe, o tsebe hore o tla shwa’? Na ha o a ka wa re ho nna, ‘Ntho eo o e buileng e a utlwahala, ke tla etsa jwalo’?+ 43 Ke hobaneng ha o sa tshepahalla kano eo o e entseng ka pela Jehova le taelo eo ke o fileng yona?” 44 Morena a re ho Shimei: “O tseba hantle dintho tsohle tse bohloko tseo o di entseng ntate wa ka Davida+ mme Jehova o tla etsa hore o ikarabelle ka tsona.+ 45 Le ha ho le jwalo Jehova o tla hlohonolofatsa Morena Solomone,+ a be a etse hore terone ya Davida e eme e tiile ka ho sa feleng.” 46 Morena a laela Benaia mora wa Jehojada hore a yo mo bolaya.+

Mmuso wa Solomone wa tiiswa ka thata.+

3 Solomone a etsa selekane sa lenyalo le Faro morena wa Egepeta. A nyala moradi wa Faro+ mme a mo tlisa Motseng wa Davida+ ho fihlela a qetile ho haha ntlo ya hae,+ ntlo ya Jehova+ le lerako le potolohang Jerusalema.+ 2 Setjhaba se ne se ntse se etsetsa mahlabelo dibakeng tse phahameng+ hobane ka nako eo ho ne ho eso hahwe ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova.+ 3 Solomone a bontsha hore o rata Jehova ka hore a latele melao ya ntate wa hae Davida, le hoja a ne a etsa mahlabelo ebile a tjhesa dinyehelo dibakeng tse phahameng.+

4 Morena Solomone a ya Gibeone ho ya etsa mahlabelo ka ha e ne e le sona sebaka se phahameng ka ho fetisisa.+ O ile a fana ka mahlabelo a setjheso a 1 000 aletareng eo.+ 5 Ha Solomone a le Gibeone, Jehova a hlaha ho yena torong bosiu a re: “Mpolelle hore na o batla ke o fe eng.”+ 6 Solomone a re: “O ile wa bontsha mohlanka wa hao e leng ntate wa ka Davida hore o mo rata haholo* hobane o ile a tsamaya ditseleng tsa hao ka botshepehi le ka ho loka. O ntse o mo bontsha lerato lena le leholo le kajeno ka hore ebe o ile wa mo fa mora hore a dule teroneng ya hae.+ 7 Jehova Modimo wa ka, o nkentse morena sebakeng sa ntate wa ka Davida le hoja ke sa le motjha* ebile ke se na boiphihlelo.*+ 8 Mohlanka wa hao o busa setjhaba seo o se kgethileng,+ ke setjhaba se seholo hoo se ke keng sa balwa. 9 Ka hoo, nthuse hore ke mamele ho tswa pelong e le hore ke kgone ho ahlola setjhaba sa hao+ le ho lemoha pakeng tsa se setle le se sebe+ ka ha ha ho motho ya ka kgonang ho ahlola setjhaba sena sa hao se seholo.”*

10 Jehova a thabela kopo eo ya Solomone.+ 11 A re ho Solomone: “Ka ha ha o a kopa ho phela nako e telele,* ho ba morui kapa hore dira tsa hao di shwe empa o kopile kutlwisiso hore o kgone ho ahlola dinyewe,+ 12 ke tla o fa seo o se kopileng.+ Ke tla o fa bohlale le kutlwisiso+ tseo ho seng motho ya kileng a ba le tsona kapa ya tla ke a be le tsona.+ 13 Ke tla o fa le dintho tseo o sa di kopang+ e leng maruo le kganya+ e le hore ho se ke ha eba le morena le ya mong ya tshwanang le wena mehleng ya hao.*+ 14 Haeba o tsamaya ditseleng tsa ka ka hore o mamele melao ya ka le ditaelo tsa ka, feela jwalo ka ntate wa hao Davida,+ ke tla etsa hore o phele nako e telele.”*+

15 Ha Solomone a tsoha, a hlokomela hore e ne e le toro. A ya Jerusalema a ema ka pela areka ya selekane ya Jehova mme a nyehela mahlabelo a setjheso le dinyehelo tse kopanetsweng+ yaba o etsetsa bahlanka bohle ba hae mokete.

16 Basadi ba babedi ba matekatse ba tla ho morena mme ba ema ka pela hae. 17 Mosadi wa pele a re: “Morenaka, nna le mosadi enwa re dula ka tlung e le nngwe mme ke ile ka ba le ngwana a ntse a le teng ka tlung. 18 Ka mora matsatsi a mararo ngwana wa ka a hlahile, mosadi enwa le yena a ba le ngwana. Re ne re le babedi feela ka tlung. 19 Bosiu mora wa mosadi enwa o ile a shwa hobane o ne a robetse hodima hae. 20 A tsoha hara bosiu yaba o nka mora wa ka a robetse pela ka ha ke ntse ke robetse mme a mo beha sefubeng sa hae yaba o beha mora wa hae ya shweleng sefubeng sa ka. 21 Ha ke re ke nyantsha ngwana hoseng, ka hlokomela hore o shwele. Ka mo hlahlobisisa mme ka bona hore ha se mora wa ka.” 22 Empa mosadi wa bobedi a re: “Tjhe, mora ya phelang ke wa ka, ya shweleng ke wa hao!” Mosadi wa pele a re: “Tjhe, mora ya shweleng ke wa hao, ya phelang ke wa ka.” Ke ka mokgwa oo ba neng ba phehisana ka teng ka pela morena.

23 Qetellong morena a re: “Enwa o re, ‘Mora ya phelang ke wa ka mme ya shweleng ke wa hao!’ mme e mong o re, ‘Tjhe, mora ya shweleng ke wa hao mme ya phelang ke wa ka!’” 24 Morena a re: “Ntlisetseng sabole.” Ba mo tlisetsa yona. 25 Morena a re: “Arolang ngwana ya phelang dikoto tse pedi mme le fe mosadi e mong halofo e nngwe le e mong halofo e nngwe.” 26 Mme wa lesea le phelang a hauhela mora wa hae, hanghang a kopa morena a re: “Morenaka, ke kopa o mo fe ngwana ya phelang! O se ke wa mo bolaya!” Empa mosadi wa bobedi o ne a ntse a re: “E ke ke ya eba wa ka kapa wa hao! Ere ba mo arole!” 27 Morena a re: “Fang mosadi wa pele ngwana ya phelang! Le se ke la bolaya ngwana eo hobane ke yena mme wa hae.”

28 Baiseraele bohle ba utlwa ka kahlolo eo morena a neng a fane ka yona. Ba ile ba mo hlompha*+ hobane ba ne ba bona hore Modimo o mo file bohlale ba ho ahlola ka toka.+

4 Morena Solomone o ne a busa naha yohle ya Iseraele.+ 2 Bana e ne e le balaodi ba hae ba phahameng:* Azaria mora wa Tsadoke+ e ne e le moprista, 3 bara ba Shisha e leng Elihorefele le Akija e ne e le bangodi,+ Josafate+ mora wa Akilude e le motlalehi. 4 Benaia+ mora wa Jehojada e ne e le molaodi wa masole mme Tsadoke le Abiathare+ e le baprista. 5 Azaria mora wa Nathane+ e ne e le molaodi wa matona, Zabude mora wa Nathane e le moprista ebile e le motswalle wa morena.+ 6 Akishare o ne a hlokometse lelapa la morena mme Adonirame+ mora wa Abda e le molaodi wa ba neng ba bitseditswe ho tla sebeletsa morena.+

7 Solomone o ne a ena le matona a 12 Iseraele yohle, a neng a fa morena le ba lelapa la hae dijo. Letona le leng le le leng le ne le fana ka dijo kgwedi e le nngwe selemong.+ 8 Ana ke mabitso a matona ao: Mora wa Hure e ne e le molaodi wa sebaka se dithaba sa Efraime. 9 Mora wa Dekere e le molaodi wa Makaze, Shalbime,+ Bethe-shemeshe le Elone-bethe-hanane. 10 Mora wa Hesede e le molaodi wa Arubothe (hape e le molaodi wa Soko le naha yohle ya Hefere). 11 Mora wa Abinadabe e le molaodi wa maralla ohle a Dore (o ile a nyala Tafathe moradi wa Solomone). 12 Baana mora wa Akilude e le molaodi wa Tanake, Megido+ le Bethe-sheane+ e pela Zarthane tlasa Jezriele, ho tloha Bethe-sheane ho ya Abele-mehola le ho ya fihla Jokmeame.+ 13 Mora wa Gebere e le molaodi wa Ramothe-gileade+ (le Gileade+ metsaneng ya ditente ya Jaire+ mora wa Manase le Argobe+ e Bashane:+ Metse e 60 e meholo e nang le marako le dikeiti tse entsweng ka koporo). 14 Akinadabe mora wa Ido e le molaodi wa Mahanaime.+ 15 Akimaze e le molaodi wa Nefthali (o ile a nyala Basmathe e leng e mong wa baradi ba Solomone). 16 Baana mora wa Hushai e le molaodi wa Ashere le Bealothe. 17 Josafate mora wa Parua e le molaodi wa Isakare. 18 Shimei+ mora wa Ela e le molaodi wa Benjamine.+ 19 Gebere mora wa Uri e le molaodi naheng ya Gileade+ e leng naha ya Sihone+ morena wa Baamore le ya Oge+ morena wa Bashane. Ho ne ho boetse ho ena le letona leo matona ana a neng a ikarabella ho lona.

20 Bajuda le Baiseraele ba ne ba le bangata jwalo ka lehlabathe le pela lewatle.+ Ba ne ba ja, ba nwa ebile ba thabile.+

21 Solomone o ne a laola mebuso yohle ho tloha Nokeng*+ ho ya naheng ya Bafilista le ho ya fihla moeding wa Egepeta. Mebuso eo e ne e patala lekgetho* mme e ile ya sebeletsa Solomone bophelo bohle ba hae.+

22 Dijo tsa Solomone tsa letsatsi le leng le le leng e ne e le dilithara tse 6 600* tsa phofo e sitsweng hantle le dilithara tse 13 200* tsa phofo, 23 dikgomo tse nonneng tse leshome, dikgomo tse 20 tse fudisitsweng le dinku tse 100, ntle ho dikgama, ditshephe, matsa le mauwaneng* a nonneng. 24 O ne a laola ntho e nngwe le e nngwe e ka lehlakoreng lena la Noka,*+ ho tloha Tifsa ho ya Gaza,+ ho akarelletsa le marena ohle a ka lehlakoreng lena la Noka mme o ne a phedisana ka kgotso le marena a dinaha tseo le dinaha tse mo potolohileng.+ 25 Nakong eo Solomone a neng a busa, Bajuda le Baiseraele ba ne ba dula ba sireletsehile. E mong le e mong a dula tlasa sefate sa hae sa morara le tlasa sefate sa hae sa feie,* ho tloha Dane ho ya Beersheba.

26 Solomone o ne a ena le ditala* tsa dipere tse 4 000* le dipere tse hulang dikariki tsa ntwa tse* 12 000.+

27 Matona ana a ne a tlisetsa Morena Solomone dijo le batho bohle ba neng ba ja le yena tafoleng ya hae. Letona le leng le le leng le ne le tlisa dijo ka kgwedi ya lona mme le etsa bonnete ba hore ha ho na letho le haellang.+ 28 Matona ana a ne a boetse a isa harese le jwang hohle moo dipere tse hulang dikariki tsa ntwa le dipere tse ding di leng hona teng, ho ya ka moo a neng a abetswe ka teng.

29 Modimo a fa Solomone bohlale, temohisiso le kutlwisiso ka bongata bo kang ba lehlabathe le lebopong la lewatle.+ 30 Solomone o ne a le bohlale ho feta batho bohle ba Botjhabela le batho bohle ba Egepeta.+ 31 O ne a le bohlale ho feta motho le ha e le ofe, a le bohlale le ho feta Ethane+ wa Moezra, Hemane,+ bara ba Mahole e leng Kalkole+ le Darda. O ile a tuma ditjhabeng tsohle tse haufi.+ 32 O ile a ngola* maele a 3 000+ a ba a qapa le dipina+ tse 1 005. 33 O ne a kgona ho hlalosa difate, ho tloha ka kedare e Lebanone ho ya ho hisopa+ e melang lerakong le diphoofolo,+ dinonyana,*+ dintho tse hahabang*+ le ditlhapi. 34 Batho ba ne ba tla ho tswa ditjhabeng tsohle ho tla utlwa bohlale ba Solomone, ho akarelletsa le marena a tswang lefatsheng lohle a neng a utlwile ka bohlale ba hae.+

5 Ha Hirame morena wa Tire+ a utlwa hore Solomone o tlotsitswe hore e be morena sebakeng sa ntate wa hae, a romela bahlanka ba hae ho Solomone ka ha Hirame esale e le motswalle wa Davida.*+ 2 Solomone le yena a romela molaetsa ho Hirame a re:+ 3 “O a tseba hore ntate wa ka Davida ha a ka a kgona ho haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova ka lebaka la dintwa tseo a neng a di lwana ho tswa mahlakoreng ohle, ho fihlela Jehova a mo thusa ho hlola dira* tsa hae.+ 4 Empa Jehova Modimo wa ka o entse hore ke phomole ho dira tsohle tsa ka.+ Ha ho na motho ya ntwantshang ebile ha ho letho le lebe le etsahalang.+ 5 Ka hoo, ke batla ho haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Modimo wa ka feela jwalo ka ha Jehova a tshepisitse ntate wa ka Davida a re: ‘Mora wa hao eo ke tla mo beha teroneng ya hao sebakeng sa hao, ke yena ya tla haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka.’+ 6 Bolella bahlanka ba hao hore ba ntshakgele difate tsa kedare Lebanone.+ Bahlanka ba ka ba tla sebetsa le bahlanka ba hao mme ke tla lefa bahlanka ba hao moputso oo o mpehelang wona ka ha o a tseba hore ha ho na motho hara rona ya tsebang ho sakga difate jwalo ka Basidone.”+

7 Ha Hirame a utlwa mantswe a Solomone, a thaba haholo mme a re: “Ho ke ho roriswe Jehova kajeno hobane o file Davida mora ya bohlale hore a buse setjhaba sena se seholo.”+ 8 Hirame a romela molaetsa ho Solomone a re: “Ke utlwile molaetsa oo o nthomeletseng wona. Ke tla etsa sohle seo o se batlang ka hore ke tlise difate tsa kedare le tsa junipere.+ 9 Bahlanka ba ka ba tla di theola ho tloha Lebanone ho ya lewatleng, ke tla di fasa ke be ke di kopanye mme ke di tsamaise ka metsi a lewatle ho ya sebakeng seo o tla mpolella sona. Ke tla etsa hore o di fumane di fasolotswe moo mme o fihle o di nke. Wena o mpatale ka ho fa ba lelapa la ka dijo tseo ke tla di batla.”+

10 Hirame a fa Solomone difate tsa kedare le tsa junipere tseo a neng a di batla. 11 Solomone a fa Hirame dilithara tse 4 400 000* tsa koro e le dijo bakeng sa ba lelapa la hae le dilithara tse 4 400* tsa oli e hlwekileng ya mohlwaare.* Solomone o ne a fa Hirame dijo tseo selemo le selemo.+ 12 Jehova a fa Solomone bohlale feela jwalo ka ha a ne a mo tshepisitse.+ Ho ile ha eba le kgotso pakeng tsa Hirame le Solomone mme ka bobedi ba etsa selekane.

13 Morena Solomone a batla banna ba 30 000 Iseraele yohle hore ba tlo mo sebeletsa.+ 14 O ne a ba romela Lebanone ka dihlopha tsa ba 10 000 ka kgwedi. Ba ne ba qeta kgwedi ba le Lebanone mme ba qeta dikgwedi tse pedi ba le malapeng a bona, Adonirame+ e le molaodi wa bona. 15 Solomone o ne a ena le basebeletsi ba 70 000 ba jarang merwalo* le ba 80 000 ba betlang majwe+ dithabeng+ 16 ha mmoho le matona+ a 3 300 a neng a etella basebetsi pele. 17 Ho latela taelo ya morena, ba fata majwe a maholo, a theko e phahameng+ hore ba etse motheo+ wa ntlo ka majwe a betlilweng.+ 18 Dihahi tsa Solomone, dihahi tsa Hirame le Bagebale+ tsa betla majwe mme tsa lokisa difate le majwe a tlo haha ntlo.

6 Ka kgwedi ya Zive*+ (e leng kgwedi ya bobedi) Solomone a hahela Jehova* ntlo+ ka selemo sa bo480 ka mora hore Baiseraele* ba tswe naheng ya Egepeta,+ ha a ena le dilemo tse nne e le morena wa Iseraele. 2 Ntlo eo Morena Solomone a ileng a e hahela Jehova e ne e le bolelele ba dimithara tse ka bang 27,* bophara ba dimithara tse ka bang robong* le bophahamo ba dimithara tse ka bang 13.*+ 3 Foranta+ e ka pela tempele* e ne e le bolelele* ba dimithara tse ka bang robong,* e lekana le bophara ba ntlo. E le botebo ba dimithara tse ka bang nne* ho tloha ka pela ntlo.

4 A etsetsa ntlo difensetere tse kgolo ka hare empa ka ntle di le nyenyane.+ 5 Hape a haha lerako pela lebota la ntlo, le neng le potoloha Sehalalelo* le Sehalaledisiso.*+ A boela a etsa dikamore ka hara lerako leo.+ 6 Kamore e ka tlasetlase e ne e le bophara ba dimithara tse ka bang pedi,* e mahareng e le bophara ba dimithara tse ka bang tharo* mme e ka hodimo e le bophara ba dimithara tse ka bang tharo.* A etsa mabota ho potoloha ntlo, e le hore ho se ke ha eba le letho le itshwarellang marakong a ntlo.+

7 Ntlo eo e ile ya hahwa ka majwe a kwari a seng a ntse a betlilwe,+ e le hore ho se ke ha utlwahala dihamore, dilepe kapa dithulusi tsa tshepe ha ho ntse ho hahwa. 8 Monyako wa kamore e ka tlasetlase o ne o le lehlakoreng le ka borwa* la ntlo+ mme ho ne ho ena le ditepisi tse isang mokatong o mahareng le ho tloha mokatong o mahareng ho ya mokatong o ka hodimo. 9 A haha ntlo mme a e qeta+ yaba o e rulela ka dipalo tsa kedare le ka mapolanka a kedare a entseng mola.+ 10 A haha dikamore mahlakoreng ohle a ntlo,+ kamore e nngwe le e nngwe e le bophahamo ba dimithara tse ka bang pedi,* di kopantswe le ntlo ka difate tsa kedare.

11 Jehova a bua le Solomone a re: 12 “Haeba o mamela melao ya ka,+ le nna ke tla phethahatsa tshepiso ya ka eo ke e etseditseng ntate wa hao Davida mabapi le ntlo ena eo o e hahang,+ 13 ke tla dula hara Baiseraele+ mme nke ke ka tlohela setjhaba sa ka sa Iseraele.”+

14 Solomone a tswela pele ho haha ntlo e le hore a e qete. 15 A haha mabota a ka hare a ntlo ka mapolanka a kedare. A kenya mapolanka ho tloha fatshe, maboteng le marulelong yaba o boela o kenya mapolanka a junipere+ fatshe. 16 A haha le karolo e ka morao ya ntlo ka mapolanka a kedare ho tloha fatshe ho ya marulelong, e ne e le dimithara tse ka bang robong* mme ka hara yona* a haha kamore e ka harehare e leng Sehalaledisiso.+ 17 Tempele*+ e leng karolo e ka pele ya ntlo e ne e le dimithara tse ka bang 18.* 18 Mapolanka a kedare a ka hara ntlo a ne a kgabisitswe ka mohope+ le dipalesa tse thuntseng.+ Hohle e ne e le kedare, ho se lejwe le bonahalang.

19 A lokisa kamore e ka harehare+ ya ntlo hore a behe areka ya selekane ya Jehova moo.+ 20 Kamore e ka harehare e ne e le bolelele ba dimithara tse ka bang robong,* bophara ba dimithara tse ka bang robong* le bophahamo ba dimithara tse ka bang robong,*+ a e kwahela ka kgauta e hlwekileng mme aletare+ a e kwahela ka mapolanka a kedare. 21 Solomone a kwahela karolo e ka hare ya ntlo ka kgauta e hlwekileng+ mme a beha diketane tsa kgauta ka pela kamore e ka harehare+ e neng e kwahetswe ka kgauta. 22 A kwahela ntlo yohle ka kgauta. A boela a kwahela aletare+ yohle e neng e le pela kamore e ka harehare ka kgauta.

23 Kamoreng e ka harehare a etsa dikerubime+ tse pedi ka sefate sa phaena,* kerubime e nngwe le e nngwe e le bophahamo ba dimithara tse ka bang nne.*+ 24 Lepheo le le leng la kerubime e ne e le dimithara tse ka bang pedi.* Ho tloha ntlheng ya lepheo le leng ho ya ntlheng ya le leng e le dimithara tse ka bang nne.* 25 Kerubime ya bobedi e ne e le dimithara tse ka bang nne.* Dikerubime tseo ka bobedi di ne di lekana ebile di tshwana. 26 Bophahamo ba kerubime ka nngwe e ne e le dimithara tse ka bang nne.* 27 A beha dikerubime+ ka kamoreng e ka harehare.* Mapheo a dikerubime a ne a otlolohile mme lepheo la kerubime e nngwe le thetsa lebota le lepheo la kerubime e nngwe le thetsa lebota le leng. Mapheo a tsona a ne a otlolohile ho ya fihla bohareng ba ntlo mme a ne a thetsana. 28 Yaba o kwahela dikerubime tseo ka kgauta.

29 A kgabisa mabota ohle a ntlo ho potoloha dikamore tse ka hare le ka ntle ka ditshwantsho tsa dikerubime,+ tsa difate tsa palema+ le dipalesa tse thuntseng.+ 30 Dikamoreng tse ka hare le tse ka ntle a kwahela fatshe ka kgauta. 31 A etsetsa monyako wa kamore e ka harehare mamati ka difate tsa phaena, dipilara tse lehlakoreng le dikosene tsa menyako e le karolo ya bohlano.* 32 Mamati a mabedi a difate tsa phaena o ne a a kgabisitse ka dikerubime, difate tsa palema le dipalesa tse thuntseng mme a a kwahela ka kgauta. A kokotela kgauta hodima dikerubime le difate tsa palema. 33 O ile a etsa ka tsela e tshwanang bakeng sa dikosene tsa mamati a difate tsa phaena a monyako wa tempele,* eo e neng e le karolo ya bone.* 34 A etsa mamati a mabedi ka difate tsa junipere. Mamati ao ka bobedi a ne a kgona ho bulehela ka ntle le ka hare.+ 35 A kgabisa mamati ka dikerubime, difate tsa palema le dipalesa tse thuntseng yaba o a kwahela ka kgauta.

36 Ho etsa lebala le ka hare,+ a haha mela e meraro e yang hodimo ka lejwe le betlilweng le mola o le mong ka mapolanka a kedare.+

37 Ka selemo sa bone kgweding ya Zive,* ha etswa motheo wa ntlo ya Jehova.+ 38 Ka selemo sa bo11 kgweding ya Bule* (e leng kgwedi ya borobedi), ntlo e ne e qetile ho hahwa ho latela polane ya yona.+ Solomone o nkile dilemo tse supileng ho e haha.

7 Solomone o nkile dilemo tse 13 ho haha ntlo* ya hae.+

2 A haha Ntlo ya Moru wa Lebanone+ e bolelele ba dimithara tse ka bang 45,* bophara ba dimithara tse ka bang 22* le bophahamo ba dimithara tse ka bang 13* hodima mela e mene ya dipilara tsa kedare. Ho ne ho ena le mapolanka a kedare+ hodima dipilara. 3 E ne e kwahetswe ka kedare dipalong tse neng di le hodima dipilara. Dipalo tseo di ne di le 45, di le 15 moleng o mong le o mong. 4 Ho ne ho ena le difensetere tse tharo tse latellanang, fensetere ka nngwe e shebane le fensetere e ka lehlakoreng le leng. 5 Menyako yohle le dikosene di ne di ena le mahlakore a mane a lekanang le karolo e ka pele ya difensetere tse tharo tse latellanang tse neng di shebane le tse ding.

6 A haha Holo* ya Dipilara e bolelele ba dimithara tse ka bang 22* le bophara ba dimithara tse ka bang 13.* Ka pela yona ho ena le foranta e nang le dipilara le tente.

7 A boela a haha Holo* ya Terone+ moo a neng a tla ahlolela teng e leng Holo ya Kahlolo+ mme ba e kwahela ka kedare ho tloha fatshe ho ya marulelong.

8 Ntlo* eo a neng a tlo dula ho yona e neng e le lebaleng le leng,+ e ne e hahilwe hole le Holo* mme e hahilwe ka tsela e tshwanang le yona. O ile a boela a haha ntlo e tshwanang le Holo eo bakeng sa moradi wa Faro, eo Solomone a neng a mo nyetse.+

9 Mehaho ena kaofela e ne e entswe ka majwe a betlilweng a theko e phahameng+ ho latela hore na ho hlokahala a makae. A ne a sehilwe ka disakga tsa majwe ka ntle le ka hare, ho tloha motheong ho fihlela hodimo le ka ntle ho fihlela lebaleng le leholo.+ 10 Motheo o ne o entswe ka majwe a maholo a theko e phahameng, majwe a mang e ne e le dimithara tse ka bang nne* le a mang e le dimithara tse ka bang tharo.* 11 Ka hodima wona ho ne ho ena le majwe a betlilweng a theko e boima ho latela hore na ho hlokahala a makae. Ho ne ho boetse ho ena le mapolanka a kedare. 12 Ho potoloha lebala le leholo ho ne ho ena le mela e meraro ya majwe a betlilweng mme ho ena le mola wa mapolanka a kedare. Ho ne ho tshwana le lebaleng le ka hare+ la ntlo ya Jehova le foranta ya yona.+

13 Morena Solomone a re ho latwe Hirame+ ho tswa Tire. 14 E ne e le mora wa mohlolohadi ya tswang lelokong la Nefthali mme ntate wa hae e le Motire ya sebetsang ka koporo.+ Hirame o ne a ena le tsebo, kutlwisiso+ le boiphihlelo ba mesebetsi yohle ya koporo.* A tla ho Morena Solomone mme a etsa mosebetsi wohle wa hae.

15 A etsa dipilara tse pedi tsa koporo+ mme e nngwe le e nngwe e ne e le bophahamo ba dimithara tse ka bang robedi,* ho potoloha pilara ka nngwe*+ e ne e le dimithara tse ka bang hlano* tsa kgwele e lekanyang. 16 A etsetsa dipilara dihlooho tse pedi tsa koporo. Hlooho ka nngwe e le bophahamo ba dimithara tse ka bang pedi.* 17 E ne e boetse e ena le mekgabiso e supileng ya sefe le diketane.+ 18 A etsa mela e mmedi ya dikgarenate ho potoloha sefe e neng e kwahetse dihlooho tsa dipilara. A etsa se tshwanang dihloohong tseo ka bobedi. 19 Dihlooho tsena tsa dipilara tse neng di le foranteng di ne di entswe jwalo ka dikgahla mme di le bophahamo ba dimithara tse ka bang pedi.* 20 Di ne di le hodima karolo e sedikadikwe e neng e kopane le sefe. Ho ne ho ena le mela ya dikgarenate tse 200 ho potoloha hlooho ka nngwe.+

21 A hloma dipilara tseo ka pela foranta ya tempele.*+ E ka letsohong le letona* a e reha Jakine* mme e ka letsohong le letshehadi* a e reha Boase.*+ 22 Ka hodima dipilara ho ne ho ena le mokgabiso o jwalo ka dikgahla. Ho ne ho qetilwe ho etswa dipilara.

23 A etsa Tanka* e sedikadikwe ka tshepe.+ Boahlamo ba yona e ne e ka ba dimithara tse nne* mme bophahamo ba yona e le dimithara tse ka bang pedi.* E ne e ka potapotwa ke kgwele e lekanyang e bolelele ba dimithara tse ka bang 13.*+ 24 Ho ne ho ena le mekgabiso ya mehope+ tlasa molomo wa Tanka* ho e potoloha. Disenthimithareng tse ding le tse ding tse ka bang 45,* ho ne ho ena le mekgabiso e leshome. Mekgabiso eo e ne e le mela e mmedi. 25 Tanka* e ne e le hodima dipoho tsa koporo tse 12,+ tse tharo di shebile leboya, tse tharo bophirimela, tse tharo borwa le tse tharo botjhabela mme di furallane. 26 Botenya ba yona e le disenthimithara tse ka bang supa* mme molomo wa yona o entswe jwalo ka molomo wa kopi, o jwalo ka thunthung ya kgahla.* E ne e ka tshela dilithara tse ka bang 44 000* tsa metsi.

27 A etsa diteroli* tse leshome+ tsa koporo. Teroli ka nngwe e le bolelele ba dimithara tse ka bang pedi,* bophara ba dimithara tse ka bang pedi* le bophahamo ba mithara.* 28 Diteroli di ne di ena le mabota mahlakoreng mme mabota ao a le pakeng tsa ditshepe tsa koporo. 29 Maboteng ao ho ne ho ena le mekgabiso ya ditau,+ dipoho le dikerubime+ mme ho entswe le mekgabiso e tshwanang ditshepeng tsa koporo. Hape ka hodimo le ka tlasa ditau le dipoho ho ena le mekgabiso. 30 Teroli ka nngwe e ena le mabidi a mane a koporo le ditshepe tsa koporo tseo a neng a kentswe ho tsona mme dikhoneng ho ena le ditshepe tse nne tse tshwereng mabidi. Beisine e dutse hodima ditshepe tse nang le mekgabiso. 31 Molomo wa teroli o ne o le ka hara korone mme ho ya hodimo e le disenthimithara tse ka bang 45,* o le sedikadikwe, o le bophahamo ba disenthimithara tse ka bang 67* mme o ena le mekgabiso. Diteroli di ne di ena le mabota a mane a lekanang, a seng sedikadikwe. 32 Mabidi a mane a ne a le tlase mahlakoreng mme ditshepe tse neng di tsheheditse mabidi di ne di kopane le teroli, bophahamo ba lebidi ka leng e le disenthimithara tse ka bang 67.* 33 Mabidi a tsona a ne a entswe jwalo ka mabidi a dikariki. Ditshepe tse a tshwarang, dirimi, disepouku le dinafo* tsa tsona di entswe ka tshepe. 34 Ho ne ho ena le ditshepe tse nne dikhoneng tse nne tsa teroli e nngwe le e nngwe tse neng di e tsheheditse mme ditshepe tseo e ne e le karolo ya* teroli. 35 Ka hodima teroli ho ne ho ena le lebanta le sedikadikwe le bophahamo ba disenthimithara tse ka bang 22* mme teroli ha mmoho le mahlakore a korone di ne di kopane. 36 Mahlakoreng o ne a kgabisitse ka dikerubime, ditau le difate tsa palema ho latela hore na sebaka se sekae hape ho ena le mekgabiso ho potoloha.+ 37 Ke tsela eo a ileng a etsa diteroli tseo tse leshome ka yona.+ Kaofela di ne di entswe ka tsela e tshwanang+ ebile di lekana.

38 A etsa dibeisine tse leshome tsa koporo.+ Beisine ka nngwe e ne e ka tshela metsi a dilithara tse ka bang 880.* Beisine e nngwe le e nngwe e ne e le dimithara tse ka bang pedi.* Teroli e nngwe le e nngwe e ne e ena le beisine ya yona. 39 A beha diteroli tse hlano lehlakoreng le letona la ntlo le tse hlano lehlakoreng le letshehadi la ntlo mme a beha Tanka* ka lehlakoreng le letona la ntlo, ho elella ka borwabotjhabela.+

40 Hirame+ a boela a etsa dibeisine, dikgarafu+ le dijana.+

A qeta mosebetsi wohle oo a neng a o etsetsa Morena Solomone bakeng sa ntlo ya Jehova:+ 41 Dipilara tse pedi+ le dihlooho tse bopehileng jwalo ka sejana tse neng di le hodima dipilara tseo, disefe+ tse pedi ho kwahela dihlooho tseo, 42 dikgarenate tse 400+ bakeng sa disefe tse pedi, mela e mmedi ya dikgarenate bakeng sa sefe ka nngwe ho kwahela dihlooho tseo tse pedi, 43 diteroli tse leshome+ le dibeisine tse leshome+ tse hodima diteroli, 44 Tanka*+ le dipoho tse 12 tse tlasa yona, 45 dinkgo, dikgarafu, dijana le disebediswa tsohle tseo Hirame a di etseditseng Morena Solomone ka koporo e bentshitsweng bakeng sa ntlo ya Jehova. 46 Morena a di etsetsa letsopeng seterekeng sa Jordane, pakeng tsa Sukothe le Zarthane.

47 Solomone ha a ka a lekanya boima ba disebediswa tseo hobane di ne di le ngata haholo. Boima ba koporo ha bo a ka ba tsebahala.+ 48 Solomone a etsa disebediswa tsohle bakeng sa ntlo ya Jehova e leng aletare+ ya kgauta, tafole+ ya kgauta e behang bohobe ba pontsho, 49 didulwana tsa mabone+ tsa kgauta e hlwekileng, tse hlano ka lehlakoreng le letona le tse hlano ka lehlakoreng le letshehadi ka pela kamore e ka harehare le dithunthung,+ mabone le ditong* tsa kgauta,+ 50 dibeisine, dintho tse timang mollo,+ dijana, dikopi+ le dipane tsa mollo+ tsa kgauta e hlwekileng. A boela a etsa dihokelo tsa kgauta bakeng sa mamati a kamore e ka harehare+ e leng Sehalaledisiso le bakeng sa mamati a ntlo ya tempele.+

51 Morena Solomone a qeta mosebetsi wohle oo a neng a lokela ho o etsa bakeng sa ntlo ya Jehova. A kenya dintho tseo ntate wa hae Davida a neng a di halaleditse.+ A boela a beha silevera, kgauta le dintho tse ding ka matlotlong a ntlo ya Jehova.+

8 Solomone a bitsa+ baholo ba Iseraele, dihlooho tsohle tsa maloko le dikgosana tsa malapa a Iseraele.+ Ba tlisa areka ya selekane ya Jehova Jerusalema ho Morena Solomone ba tswa Sione+ Motseng wa Davida.+ 2 Banna bohle ba Iseraele ba tla ho Morena Solomone ha ho entswe mokete* ka kgwedi ya bosupa e leng Ethanime.*+ 3 Ha baholo bohle ba Iseraele ba fihla, baprista ba nka Areka.+ 4 Baprista le Balevi ba tlisa Areka ya Jehova, tente ya pokano+ le disebediswa tsohle tse halalelang tse neng di le ka tenteng. 5 Morena Solomone le batho bohle bao a neng a ba bitsitse ba ema ka pela Areka. Ho ile ha etswa mahlabelo+ ka dinku le dikgomo tse ngata.

6 Baprista ba beha areka ya selekane sa Jehova kamoreng e ka harehare ya ntlo+ e leng ka Sehalaledisisong. E ne e dula moo tlasa mapheo a dikerubime.+

7 Dikerubime di ne di otlolletse mapheo a tsona hodima moo Areka e dulang teng ebile di kwahetse Areka le dipalo tsa yona.+ 8 Dipalo+ di ne di le telele hoo di neng di bonahala ha o le ka Sehalalelong e leng ka pela kamore e ka harehare empa di ne di sa bonahale ha o le ka ntle. Di ntse di le teng le kajeno. 9 Ho ne ho se na letho ka Arekeng haese matlapa+ a mabedi ao Moshe a neng a a behile+ ha a le Horebe. E ne e le ha Jehova a etsa selekane+ le setjhaba sa Iseraele ha se tswa naheng ya Egepeta.+

10 Ha baprista ba tswa sebakeng se halalelang, leru+ la tlala ntlo ya Jehova.+ 11 Baprista ba ne ba sa kgone ho etsa mosebetsi wa bona ka lebaka la leru hobane kganya ya Jehova e ne e tletse ntlo ya Jehova.+ 12 Solomone a re: “Jehova o ile a re o tla dula lefifing.+ 13 Ke o hahetse ntlo eo o tla dula ho yona ka ho sa feleng.”+

14 Batho bohle ba Iseraele ba ne ba ntse ba eme ka pela morena yaba o sheba ka ho bona o a ba hlohonolofatsa.+ 15 A re: “Ho roriswe Jehova Modimo wa Iseraele, ya phethahaditseng seo a se tshepisitseng ntate wa ka Davida a re, 16 ‘Ho tloha letsatsing leo ke ntshitseng setjhaba sa ka sa Iseraele Egepeta, ha ke eso kgethe motse malokong ohle a Iseraele oo ho wona ke tla haha ntlo e tla etsa hore lebitso la ka le roriswe.+ Empa ke kgethile Davida hore a etelle pele setjhaba sa ka sa Iseraele.’ 17 Ntate wa ka Davida o ne a batla ho haha ntlo e tla etsa hore lebitso la Jehova Modimo wa Iseraele le roriswe.+ 18 Empa Jehova a re ho yena, ‘Ke hantle hore ebe o batla ho haha ntlo e tla etsa hore lebitso la ka le roriswe. 19 Le ha ho le jwalo, o ke ke wa haha ntlo eo empa mora eo o tla ba le yena* ke yena ya tla e haha.’+ 20 Jehova o phethahaditse tshepiso ya hae hobane ke nna morena ya hlahlamang ntate wa ka Davida mme ke dutse teroneng ya Iseraele feela jwalo ka ha Jehova a tshepisitse. Hape ke hahile ntlo e tla etsa hore lebitso la Jehova Modimo wa Iseraele le roriswe.+ 21 Ke entse sebaka bakeng sa Areka e nang le selekane+ seo Jehova a ileng a se etsa le baholoholo ba rona ha a ne a ba ntsha naheng ya Egepeta.”

22 Solomone a ema ka pela aletare ya Jehova ka pela setjhaba sohle sa Iseraele mme a phahamisetsa matsoho a hae mahodimong+ 23 a re: “Jehova Modimo wa Iseraele, ha ho na Modimo ya tshwanang le wena+ hodimo mahodimong kapa tlase lefatsheng. O tshepahalla selekane sa hao ebile o bontsha bahlanka ba hao ba o sebeletsang ka dipelo+ tsohle hore o a ba rata.*+ 24 O phethahaditse tshepiso eo o ileng wa e etsetsa ntate wa ka Davida. O entse tshepiso mme letsatsing lena o e phethahaditse.+ 25 Jehova Modimo wa Iseraele, phethahatsa tshepiso eo o e entseng ho ntate wa ka Davida ha o ne o re: ‘Ho tla dula ho ena le e mong wa leloko la hao ya tla dula teroneng ya Iseraele haeba feela bara ba hao ba ka dula ba ntshepahalla jwalo ka wena.’+ 26 Modimo wa Iseraele, ke kopa o phethahatse tshepiso eo o e etseditseng ntate wa ka Davida mohlanka wa hao.

27 Empa na ka nnete Modimo o tla dula lefatsheng?+ Mahodimo a mahodimo ha a o lekane.+ Jwale ntlo ee eo ke o hahetseng yona e tla o lekana jwang?+ 28 Jehova Modimo wa ka, mamela thapelo eo ke e etsang ho wena kajeno le kopo ya ka, mmamele ha ke lla ke kopa thuso. 29 E se eka o ka sheba ntlo ena bosiu le motshehare, ho mamela thapelo eo nna mohlanka wa hao ke e etsang ka sebaka sena+ seo o itseng ka sona, ‘Lebitso la ka le tla ba mona.’+ 30 O mamele kopo ya ka le kopo eo setjhaba sa hao sa Iseraele se e etsang se shebile sebakeng sena, o utlwe o le mahodimong+ moo o dulang teng mme o re tshwarele.+

31 Haeba motho a fosetsa wa habo mme wa habo a mo laela hore a ikane* hore ha a molato, ha motho eo ya ikanneng a tla ka pela aletare ya hao ntlong ena,+ 32 e se eka o ka utlwa o le mahodimong, wa ahlola bahlanka ba hao ka ho phatlalatsa hore ya kgopo o molato* mme o etse hore a ikarabelle ka ntho eo a e entseng le ka ho phatlalatsa hore ya lokileng ha a na molato* mme o mo fe moputso ho ya ka dintho tse ntle tseo a di entseng.+

33 Ha setjhaba sa hao sa Iseraele se hlolwa ke dira tsa sona hobane se ile sa o fosetsa+ mme se boela se kgutlela ho wena, se rorisa lebitso la hao,+ se o rapela ebile se kopa hore o se hauhele se le ka tlung ena,+ 34 e se eka o ka utlwa o le mahodimong, wa tshwarela dibe tsa sona mme wa se kgutlisetsa naheng eo o e fileng baholoholo ba sona.+

35 Ha pula e sa ne+ hobane setjhaba se o etseditse sebe+ mme se rapela se shebile sebaka sena, se tlotlisa lebitso la hao se bile se tlohela ho etsa sebe hobane o entse hore se ikokobetse,*+ 36 e se eka o ka utlwa o le mahodimong mme wa tshwarela dibe tsa bahlanka ba hao e leng setjhaba sa hao sa Iseraele hobane o tla se tataisa+ hore se tsamaye tseleng e nepahetseng, o be o nese pula naheng+ eo o se fileng yona e le lefa.

37 Haeba ho eba le tlala naheng,+ lefu la sewa, dimela di tjha, ho eba le phori,*+ ditsie* tse ngata kapa ditsie tse senyang, setjhaba se hlaselwa ke dira motseng* le ha e le ofe, ho eba le kotlo ya mofuta le ha e le ofe le bolwetse,+ 38 ha motho kapa Baiseraele bohle ba etsa thapelo kapa kopo+ ba shebile ntlong ena (ka ha motho e mong le e mong o tseba bohloko bo ka pelong ya hae),+ 39 e se eka o ka utlwa o le mahodimong moo o dulang teng,+ wa ba tshwarela+ mme wa ba thusa. O hlohonolofatse e mong le e mong ho ya ka mesebetsi ya hae+ hobane o tseba dipelo tsa bona (ke wena feela ya tsebang pelo ya motho e mong le e mong)+ 40 e le hore ba ka o tshaba le ho o hlompha bophelo bohle ba bona ha ba ntse ba dula naheng eo o e fileng baholoholo ba rona.

41 Le ha moditjhaba ya tswang naheng e hole ka lebaka la lebitso* la hao+ 42 (ba tla utlwa ka lebitso la hao le leholo+ le matla a hao) a tla a tlo rapela a shebile ntlong ena, 43 e se eka o ka utlwa o le mahodimong moo o dulang teng.+ O etse sohle seo moditjhaba a se kopang e le hore batho bohle lefatsheng ba ka tseba lebitso la hao mme ba o tshaba+ le ho o hlompha jwalo ka setjhaba sa hao sa Iseraele hape ba tsebe hore ntlong ena eo ke e hahileng ho roriswa lebitso la hao.

44 Haeba o romela setjhaba sa hao ho ya lwantsha dira tsa sona+ sebakeng le ha e le sefe mme se rapela+ Jehova se shebile motse ona oo o o kgethileng+ le ntlo eo ke o hahetseng yona,+ 45 o utlwe thapelo le kopo ya sona o le mahodimong mme o fane ka kahlolo bakeng sa sona.

46 Haeba se etsa sebe (ka ha ha ho na motho ya sa etseng sebe)+ mme o se halefela ebile o se tlohela hore se hlolwe ke dira tsa sona mme di se isa botlamuweng naheng ya tsona, hole kapa haufi,+ 47 haeba ha se le moo se bakela dibe tsa sona+ mme se kgutlela ho wena+ ebile se kopa hore o se hauhele+ se re, ‘Re o foseditse ebile re entse sebe,’+ 48 se kgutlela ho wena ka dipelo tsohle tsa sona+ le ka moya* wohle wa sona se le botlamuweng mme se rapela se shebile naha ya sona eo o e fileng baholoholo ba sona le motse oo o o kgethileng ha mmoho le ntlo eo ke o hahetseng yona,+ 49 o utlwe thapelo le kopo ya sona o le mahodimong sebakeng seo o dulang ho sona+ mme o fane ka kahlolo bakeng sa sona. 50 O tshwarele setjhaba sa hao melato eo se o etseditseng yona. O etse hore dira tse se isitseng botlamuweng di se hauhele mme di tla se hauhela+ 51 (ka ha ke setjhaba sa hao le lefa la hao,+ setjhaba seo o se ntshitseng Egepeta+ hara mollo* o tjhesang tshepe).+ 52 E se eka o ka utlwa kopo ya mohlanka wa hao+ le kopo ya setjhaba sa hao sa Iseraele, ka hore o se mamele neng kapa neng ha se kopa thuso ho wena.+ 53 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, ditjhabeng tsohle tse lefatsheng o kgethile setjhaba sena hore e be lefa la hao+ feela jwalo ka ha o buile o sebedisa mohlanka wa hao Moshe ha o ntsha baholoholo ba rona Egepeta.”

54 Ha Solomone a qeta ho rapela le ho kopa mohau ho Jehova, a phahama ka pela aletare ya Jehova moo a neng a kgumame a phahamiseditse matsoho mahodimong.+ 55 A ema mme a hlohonolofatsa setjhaba sohle sa Iseraele mme a hweletsa a re: 56 “Ho roriswe Jehova, ya fileng setjhaba sa hae sa Iseraele kgotso* feela jwalo ka ha a ne a se tshepisitse.+ Ditshepiso tsohle tseo a di entseng a sebedisa mohlanka wa hae Moshe di phethahetse.+ 57 E se eka Jehova Modimo wa rona a ka ba le rona feela jwalo ka ha a bile le baholoholo ba rona.+ A se ke a re lahla kapa a re tlohela.+ 58 E se eka a ka etsa hore re tsamaye ditseleng tsa hae,+ re mamele melao le ditaelo tsa hae ka dipelo tsohle tsa rona e leng dintho tseo a laetseng baholoholo ba rona hore ba di latele. 59 E se eka bosiu le motshehare Jehova a ka hopola kopo eo ke e entseng ho Jehova Modimo wa rona hore a ahlole bakeng sa ka le setjhaba sa hae sa Iseraele letsatsi le letsatsi, 60 e le hore ditjhaba tsohle lefatsheng di ka tseba hore Jehova Modimo ke yena feela Modimo wa nnete.+ 61 Sebeletsang Jehova Modimo wa rona ka dipelo tsa lona tsohle+ ka hore le mamele ditaelo tsa hae le melao ya hae letsatsing lena.”

62 Morena le Baiseraele bohle ba neng ba ena le yena ba etsetsa Jehova sehlabelo se seholo.+ 63 Solomone a etsetsa Jehova mahlabelo a kopanetsweng.+ A etsa mahlabelo ka dikgomo tse 22 000 le dinku tse 120 000. Morena le Baiseraele bohle ba kgakola ntlo ya Jehova.+ 64 Letsatsing leo morena o ile a halaletsa karolo e bohareng ya lebala le ka pela ntlo ya Jehova. Ke hona moo a neng a tla etsetsa mahlabelo a setjheso, nyehelo ya dijo* le dikarolo tse mafura tsa mahlabelo a kopanetsweng hobane aletare ya koporo+ e ka pela tempele ya Jehova e ne e le nyenyane haholo hoo e neng e sa kgone ho lekana mahlabelo a setjheso, dinyehelo tsa dijo le dikarolo tse mafura+ tsa mahlabelo a kopanetsweng. 65 Solomone a etsa mokete+ le Baiseraele bohle ba neng ba bokane ba tswa Lebo-hamathe* ho ya fihla Kgohlong* ya Egepeta.+ Ba etsetsa Jehova Modimo mokete ka matsatsi a supileng le matsatsi a mang a supileng. Kaofela e ne e le matsatsi a 14. 66 Letsatsing le latelang* a re setjhaba se tsamaye mme setjhaba sa kopa Modimo hore a hlohonolofatse morena yaba se kgutlela malapeng a sona se thabile ka lebaka la dintho tse ntle+ tseo Jehova a neng a di etseditse mohlanka wa hae Davida le setjhaba sa hae sa Iseraele.

9 Hang ha Solomone a qetile ho haha ntlo ya Jehova, ntlo ya morena*+ le dintho tsohle tseo a neng a batla ho di haha,+ 2 Jehova a hlaha ho Solomone ka lekgetlo la bobedi feela jwalo ka ha a ile a hlaha ho yena Gibeone.+ 3 Jehova a re ho yena: “Ke utlwile thapelo ya hao le kopo eo o e entseng ho nna. Ke halaleditse ntlo ena eo o e hahileng ka hore ke behe lebitso la ka moo ka ho sa feleng+ mme mahlo a ka le pelo ya ka di tla dula di le moo.+ 4 Haeba o dula o ntshepahalla jwalo ka ntate wa hao Davida+ mme o etsa dintho tsohle tseo ke o laetseng tsona+ le ho mamela melao ya ka,+ 5 ke tla tiisa terone ya mmuso wa hao Iseraele ka ho sa feleng feela jwalo ka ha ke tshepisitse ntate wa hao Davida ka re, ‘Ho tla dula ho ena le e mong wa leloko la hao ya dutseng teroneng ya Iseraele.’+ 6 Empa haeba wena le bara ba hao le tlohela ho ntatela, le sa mamele melao ya ka le ditaelo tsa ka tseo ke le fileng tsona mme le yo sebeletsa medimo e meng ebile le e inamela,+ 7 ke tla fedisa Baiseraele hohle naheng eo ke ba fileng yona,+ ke tlose ntlo eo ke e halaleditseng bakeng sa lebitso la ka+ mme Baiseraele ba tla makallwa ba be ba tshehwe* ke batho bohle.+ 8 Ntlo ena e tla senyeha.+ Motho e mong le e mong ya fetang o tla e makalla, a letse molodi a re, ‘Ke hobaneng ha Jehova a entse naha ee le ntlo ee tjee?’+ 9 Ba tla re, ‘Ke hobane ba lahlile Jehova Modimo wa bona ya ntshitseng baholoholo ba bona naheng ya Egepeta yaba ba sebeletsa medimo e meng le ho e inamela. Ke ka lebaka leo Jehova a ba tliseditseng tlokotsi ena.’”+

10 Qetellong ya dilemo tse 20 tseo ka tsona Solomone a hahileng matlo a mabedi e leng ntlo ya Jehova le ntlo ya morena,*+ 11 Hirame+ morena wa Tire o ne a file Solomone difate tsa kedare le tsa junipere ha mmoho le kgauta eo a neng a e batla+ mme Morena Solomone o ile a fa Hirame metse e 20 naheng ya Galilea. 12 Hirame a tloha Tire ho ya sheba metse eo Solomone a neng a mo file yona empa o ne a sa e kgotsofalla.* 13 Hirame a re: “Ngwaneso, ke metse ya mofuta ofe ee eo o mphileng yona?” Metse eo ya bitswa Naha ya Kabule* ho fihlela letsatsing lena. 14 Hirame a romella morena kgauta ya boima ba dikhilokramo tse 4 104.*+

15 Ena ke tlaleho ya batho bao Morena Solomone a neng a ba bitseditse ho tla haha ntlo ya Jehova,+ ntlo* ya hae, Qubu,*+ lerako la Jerusalema, Hazore,+ Megido+ le Gezere.+ 16 (Faro morena wa Egepeta a hapa motse wa Gezere a ba a o tjhesa mme a bolaya Bakanana+ ba neng ba dula ho wona. A o fa moradi wa hae e leng mosadi wa Solomone e le mpho ya karohano.)*+ 17 Solomone a haha Gezere, Bethe-horone e ka Tlase,+ 18 Baalathe+ le Tamare lefeelleng, ka hara naha ya hae 19 ha mmoho le metse yohle ya Solomone ya polokelo, metse ya dikariki,+ metse ya bapalami ba dipere le ntho e nngwe le e nngwe eo Solomone a neng a batla ho e haha Jerusalema, Lebanone le metseng yohle eo a neng a e busa. 20 Batho bohle bao e seng karolo ya Baiseraele+ ba neng ba setse ho Baamore, Bahethe, Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ 21 ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, tseo Baiseraele ba neng ba sa di fedisa, Morena Solomone o ile a di bitsa hore di etse mosebetsi o boima.* E ntse e le makgoba ho fihlela letsatsing lena.+ 22 Empa ha ho na Moiseraele eo Solomone a ileng a mo etsa lekgoba+ hobane e ne e le masole a hae, bahlanka, dikgosana, balaodi ba masole le balaodi ba dikariki tsa hae tsa ntwa le bapalami ba dipere. 23 Ho ne ho ena le balaodi ba matona ba 550 ba hlokometseng mosebetsi wa Solomone ba bile ba etella pele batho ba sebetsang.+

24 Moradi wa Faro+ a tloha Motseng wa Davida+ a ya ntlong ya hae eo Solomone a neng a mo hahetse yona yaba Solomone o haha Qubu.*+

25 Hararo ka selemo+ Solomone o ne a etsa mahlabelo a setjheso le mahlabelo a kopanetsweng hodima aletare eo a neng a e hahetse Jehova.+ O ne a boetse a etsa sehlabelo se kubellang mosi hodima aletare e neng e le ka pela Jehova. O ile a qeta ho haha ntlo.+

26 Morena Solomone a etsa dikepe tse ngata Ezione-gebere+ e haufi le Elothe, lebopong la Lewatle le Lefubedu naheng ya Edomo.+ 27 Hirame a romela bahlanka ba hae ka dikepe tse ngata,+ bao e neng e le basesisi ba nang le boiphihlelo hore ba yo sebetsa le bahlanka ba Solomone. 28 Ba ya Ofire+ mme ba nka kgauta e boima ba dikhilokramo tse 14 364* moo yaba ba e tlisa ho Morena Solomone.

10 Mofumahadi wa Sheba o ile a utlwa hore Solomone o tumme ka lebaka la lebitso la Jehova.+ Ka hoo, a ya ho yena mme a mo botsa* dipotso tse thata.*+ 2 A fihla Jerusalema a tsamaya le batho ba bangata,+ dikamele tse jereng oli ya balsame+ le kgauta e ngata le majwe a bohlokwa. A ya ho Solomone mme a mo botsa ntho e nngwe le e nngwe eo a neng a batla ho e tseba. 3 Morena Solomone a araba dipotso tsa hae kaofela. Ho ne ho se na potso eo a hlolehang ho e araba.

4 Ha mofumahadi wa Sheba a bona ka moo Solomone a leng bohlale ka teng,+ a bona ntlo eo a e hahileng,+ 5 dijo tse tafoleng ya hae,+ tsela eo bahlanka ba hae ba dutseng ka yona, basebeletsi ba hae ba fanang ka dijo tafoleng le tsela eo ba apereng ka yona, baqhatsetsi ba hae le mahlabelo a hae a setjheso ao a neng a a etsa ka mehla ntlong ya Jehova, a sala a maketse. 6 A re ho morena: “Bohlale ba hao le dintho tseo o di entseng tseo ke di utlwileng naheng ya heso ke nnete. 7 Ke ne ke sa kgolwe ho fihlela ke tla mme ke di bona ka mahlo a ka. Ke ne ke sa bolellwa dintlha kaofela. Empa bohlale le tsela eo o atlehileng ka yona di feta hole dintho tseo ke di utlwetseng. 8 Ho thaba batho ba hao le bahlanka bana ba hao ba dulang ba ena le wena ka mehla mme ba utlwa bohlale ba hao.+ 9 Ho roriswe Jehova Modimo wa hao+ ya o bontshitseng hore o a o rata ka ho o beha teroneng ya Iseraele. Jehova o o kgethile hore o be morena e le hore o ahlole ka toka le ka ho loka hobane a rata setjhaba sa hae sa Iseraele.”

10 A fa morena kgauta ya boima ba dikhilokramo tse 4 104,* oli ya balsame e ngata+ le majwe a bohlokwa.+ Le ka mohla ha ho a ka ha hlola ho tliswa oli e ngata hakaalo ya balsame jwalo ka eo mofumahadi wa Sheba a ileng a e tlisetsa Morena Solomone.

11 Dikepe tse ngata tsa Hirame tse neng di nkile kgauta e tswang Ofire+ tsa boela tsa tlisa difate tsa algame+ tse ngata le majwe a bohlokwa ho tswa Ofire.+ 12 Morena a etsa ditshehetso ka difate tsa algame bakeng sa ntlo ya Jehova le ntlo* ya morena ha mmoho le diharepa le diletsa tse dikgwele bakeng sa dibini.+ Ha ho eso tliswe kapa ha bonwa difate tse ngata hakaalo tsa algame ho fihlela letsatsing lena.

13 Ho ekelletsa ho dintho tseo Morena Solomone a neng a di file mofumahadi wa Sheba ka ho rata, o ile a boela a mo fa dintho tseo a neng a di batla le tseo a neng a di kopile. Ka mora moo mofumahadi wa Sheba a kgutlela naheng ya habo le bahlanka ba hae.+

14 Boima ba kgauta eo Solomone a neng a e fumana ka selemo e ne e le dikhilokramo tse ka bang 23 000,*+ 15 ho sa balwe e tswang ho borakgwebo bohle le phaello e tswang ho marena ohle a Maarabia le matona a naha.

16 Morena Solomone a etsa dithebe tse kgolo tse 200 tsa kgauta e kopantsweng le tshepe+ (thebe e nngwe le e nngwe e ne e entswe ka kgauta e boima ba dikhilokramo tse ka bang supa*)+ 17 le dithebe tse nyenyane* tse 300 tse entsweng ka kgauta e kopantsweng le tshepe (thebe ka nngwe e ne e entswe ka kgauta ya boima ba dikhilokramo tse ka bang pedi.*) Morena o ile a di beha ka hara Ntlo ya Moru wa Lebanone.+

18 Morena a boela a etsa terone e kgolo ya manaka a tlou+ mme a e kwahela ka kgauta e hlwekileng.+ 19 Ho ne ho ena le ditepisi tse tsheletseng tse yang teroneng mme terone e ne e ena le ntho e kang marulelo a sedikadikwe ka mora yona. Mahlakoreng a mabedi a setulo ho ne ho ena le moo ho behwang matsoho, pela teng ho eme ditau tse pedi.+ 20 Ho ne ho ena le ditau tse 12 tse emeng hodima ditepisi tse tsheletseng, tse ding di le ka lehlakoreng lena, tse ding di le ka lehlakoreng lane la ditepisi. Ha ho na mmuso o mong o neng o entse ntho e tshwanang le ena.

21 Dikopi tsohle tsa Morena Solomone di ne di entswe ka kgauta mme disebediswa tsohle tsa Ntlo ya Moru wa Lebanone+ di entswe ka kgauta. Ho ne ho se na letho le neng le entswe ka silevera hobane e ne e nkwa e se letho mehleng ya Solomone.+ 22 Morena o ne a ena le dikepe tsa Tarshishe tse ngata+ tse neng di le lewatleng ha mmoho le tsa Hirame tse ngata. Hanngwe ka mora dilemo tse tharo dikepe tse ding tsa Tarshishe di ne di tla di nkile kgauta, silevera, manaka a tlou,+ ditshwene le dipikoko.

23 Morena Solomone o ne a ruile a bile a le bohlale ho feta marena ohle a neng a le teng lefatsheng.+ 24 Batho bohle lefatsheng ba ne ba batla ho utlwa ka bohlale boo Modimo a bo fileng Solomone.+ 25 Selemo le selemo e mong le e mong o ne a tlisa dintho tsa silevera le tsa kgauta, diaparo, dihlomo, oli ya balsame, dipere le dimmoulo.

26 Solomone a nna a eketsa dikariki tsa hae tsa ntwa le dipere. O ne a ena le dikariki tsa ntwa tse 1 400 le dipere tse 12 000.+ O ile a di beha metseng ya dikariki tsa ntwa le haufi le morena Jerusalema.+

27 Morena a etsa hore silevera e Jerusalema e be ngata jwalo ka majwe le difate tsa kedare di be ngata jwalo ka difate tsa sikamora tse Shefela.+

28 Dipere tsa Solomone di ne di tswa Egepeta mme borakgwebo ba morena ba ne ba reka sehlopha* sa dipere ka theko e tshwanang.+ 29 Kariki ka nngwe e tswang Egepeta e ne e rekwa ka dikotwana tsa silevera tse 600 mme pere yona e rekwa ka tse 150. Ba ne ba di romela ho marena ohle a Bahethe+ le a Siria.

11 Morena Solomone o ne a rata basadi ba baditjhaba+ e leng ba Bamoabe,+ ba Baamone,+ ba Baedomo, ba Basidone+ le ba Bahethe+ ho akarelletsa le moradi wa Faro.+ 2 Ba ne ba tswa ditjhabeng tseo Jehova a neng a itse ka tsona ho Baiseraele: “Le se ke la ikopanya le tsona mme le tsona di se ke tsa ikopanya le lona* hobane di tla le susumeletsa* hore le sebeletse medimo ya tsona.”+ Empa Solomone o ne a ba rata haholo. 3 O ne a ena le basadi ba 700 bao e neng e le dikgosatsana le direthe* tse 300 mme butlebutle basadi ba hae ba ile ba mo kgelosa. 4 Ha Solomone a se a tsofetse,+ basadi ba hae ba ile ba mo kgelosa hore a sebeletse medimo e meng+ mme o ne a sa sebeletse Jehova Modimo wa hae ka pelo ya hae yohle jwalo ka ntate wa hae Davida. 5 Solomone a rapela Ashtorethe+ modimotsana wa Basidone le modimo ya nyonyehang wa Baamone e leng Milkome.+ 6 Solomone o ile a fosetsa Jehova, a hloleha ho sebeletsa Jehova ka pelo yohle jwalo ka ha ntate wa hae Davida a ne a mo sebeletsa.+

7 Solomone a haha sebaka se phahameng+ bakeng sa modimo ya nyonyehang wa Moabe e leng Kemoshe le modimo ya nyonyehang wa Baamone+ e leng Moloke+ ka pela thaba ya Jerusalema. 8 A boela a etsa dibaka tse phahameng bakeng sa basadi bohle ba hae ba baditjhaba, ba neng ba etsa sehlabelo se kubellang mosi ba bile ba etsetsa medimo ya bona mahlabelo.

9 Jehova a halefela Solomone hobane o ne a se a sa sebeletse Jehova Modimo wa Iseraele ka pelo ya hae yohle,+ ya ileng a hlaha ho yena habedi+ 10 mme a mo laela hore a se ke a rapela medimo e meng.+ Empa Solomone ha a ka a mamela taelo ya Jehova. 11 Jehova a re ho Solomone: “Ka ha ha o a boloka selekane sa ka ebile ha o a mamela ditaelo tseo ke o fileng tsona, ke tla tlosa* mmuso ho wena mme ke o fe e mong wa bahlanka ba hao.+ 12 Empa nke ke ka o tlosa* ha o ntse o phela ka lebaka la ntate wa hao Davida. Ke tla o tlosa ha e le mora wa hao ya busang.+ 13 Nke ke ka tlosa mmuso oo kaofela.+ Ke tla fa mora wa hao leloko le le leng,+ ka lebaka la mohlanka wa ka Davida le ka lebaka la Jerusalema eo ke e kgethileng.”+

14 Jehova a tlisetsa Solomone mohanyetsi+ e leng Hadade wa Moedomo ya tswang lelapeng la borena la Edomo.+ 15 Ha Davida a ne a hlola Edomo,+ Joabe molaodi wa masole o ile a ya mme a pata ba neng ba bolailwe, a ba a leka ho bolaya banna bohle ba Edomo. 16 (Joabe le Baiseraele bohle ba ile ba dula moo dikgwedi tse tsheletseng ho fihlela a bolaile* banna bohle ba Edomo.) 17 Empa ha Hadade e ntse e le moshanyana, a balehela Egepeta le bahlanka ba ntate wa hae ba Baedomo. 18 Ba tloha Midiane ba ya Parane. Ba nka banna Parane+ mme ba fihla Egepeta ho Faro morena wa Egepeta ya ileng a fa Hadade ntlo, dijo le naha. 19 Faro o ne a rata Hadade haholo a ba a re a nyale ngwanabo mofumahadi* Tahapenese e leng mosadi wa hae. 20 Ha nako e fihla, ngwanabo Tahapenese a ba le mora ya bitswang Genubathe mme Tahapenese a mo hodisetsa* ka tlung ya Faro. Genubathe a dula ntlong ya Faro jwalo ka e mong wa bara ba Faro.

21 Hadade a utlwa a le Egepeta hore Davida le Joabe molaodi wa masole ba shwele.*+ Hadade a re ho Faro: “Ere ke tsamaye ke ye naheng ya heso.” 22 Empa Faro a re ho yena: “Na ho na le ntho eo o e hlokang e etsang hore o batle ho ya naheng ya heno?” Hadade a re ho yena: “Ha ke hloke letho empa ke kopa o ntumelle ho kgutlela naheng ya heso.”

23 Modimo a boela a tlisetsa Solomone mohanyetsi e mong+ e leng Rezone mora wa Eliada, ya neng a balehile morena wa hae e leng Hadadezere+ morena wa Zoba. 24 Ha Davida a ba hlola,* o ile a ipokellela banna mme ya eba molaodi wa sehlopha sa masole.+ Ba ya Damaseka+ ba dula teng mme Rezone ya eba morena wa Damaseka. 25 E ile ya eba mohanyetsi wa Baiseraele nakong yohle ha Solomone e ntse e le morena, a eketsa mathata a neng a bakilwe ke Hadade. O ne a hloile Baiseraele nakong ya ha a ntse a busa Siria.

26 Ho ne ho ena le Jeroboame+ mora wa Nebate wa Moefraime ya tswang Zereda, mohlanka wa Solomone+ eo lebitso la mme wa hae e neng e le Zerua wa mohlolohadi. Jeroboame le yena o ile a fetohela* morena.+ 27 Lebaka le entseng hore a fetohele morena ke lena: Solomone o ne a hahile Qubu*+ mme a kwetse sekgeo sa Motse wa Davida ntate wa hae.+ 28 Jeroboame e ne e le monna ya matla, ya tsebang mosebetsi. Ha Solomone a bona hore mohlankana enwa o sebetsa ka thata, a mo kgetha hore a okamele+ batho ba bitseditsweng ho sebetsa ntlong ya Josefa. 29 Ka nako eo, Jeroboame a tloha Jerusalema mme moprofeta Akija+ wa Moshilo a mo fumana tseleng. Akija o ne a apere seaparo se setjha, ba ne ba le babedi feela moo. 30 Akija a tshwara seaparo se setjha seo a neng a se apere mme a se tabola dikotwana tse 12. 31 A re ho Jeroboame:

“Inkele dikotwana tse leshome hobane Jehova Modimo wa Iseraele o itse: ‘Ke tlosa mmuso ho Solomone mme ke tla o fa maloko a leshome.+ 32 Empa ho tla sala leloko le le leng+ ka lebaka la mohlanka wa ka Davida+ le ka lebaka la Jerusalema, motse oo ke o kgethileng hara maloko ohle a Iseraele.+ 33 Ke tla etsa sena hobane ba ntahlile+ mme ba rapela Ashtorethe modimotsana wa Basidone, Kemoshe modimo wa Moabe le Milkome modimo wa Baamone. Hape ba entse se sebe mahlong a ka mme ha ba a mamela ditaelo tsa ka jwalo ka ha Davida ntate wa Solomone a ne a di mamela. 34 Empa nke ke ka nka mmuso kaofela ho yena, e tla ba morena bophelo bohle ba hae ka lebaka la mohlanka wa ka Davida eo ke mo kgethileng+ hobane o ne a mamela melao ya ka le ditaelo tsa ka. 35 Ke tla tlosa mmuso ho mora wa hae mme ke o fe wona e leng maloko a leshome.+ 36 Ke tla fa mora wa hae leloko le le leng e le hore ho ka dula ho ena le e mong* wa leloko la mohlanka wa ka Davida ya busang Jerusalema,+ motse oo ke ikgethetseng wona e le sebaka seo ke tla beha lebitso la ka ho sona. 37 Ke tla kgetha wena mme o tla busa hohle moo o ratang, o tla ba morena wa Iseraele yohle. 38 Haeba o mamela dintho tsohle tseo ke o laelang tsona, o etsa se setle mahlong a ka ka hore o mamele ditaelo le melao ya ka jwalo ka mohlanka wa ka Davida,+ le wena ke tla ba le wena. Ditloholo tsa hao di tla busa ka ho sa feleng jwalo ka tsa mohlanka wa ka Davida+ mme ke tla o fa Iseraele. 39 Ke tla etsa hore ditloholo tsa Davida di hlajwe ke dihlong ka lebaka la diketso tsa tsona tse mpe+ empa nke ke ka etsa jwalo ka mehla.’”+

40 Solomone a leka ho bolaya Jeroboame empa Jeroboame a balehela Egepeta ho Shishake+ morena wa Egepeta+ mme a dula moo ho fihlela Solomone a shwa.

41 Histori yohle ya Solomone, dintho tsohle tseo a di entseng le bohlale ba hae di ngotswe bukeng ya histori ya Solomone.+ 42 Solomone o busitse Iseraele yohle a le Jerusalema ka dilemo tse 40. 43 Solomone a shwa* yaba o patelwa Motseng wa Davida ntate wa hae. Mora wa hae Roboame+ ya eba morena.

12 Roboame a ya Shikeme hobane Baiseraele bohle ba ne ba tlile Shikeme+ ho tla mo etsa morena.+ 2 Ha Jeroboame mora wa Nebate a utlwa ka taba ena, (o ne a ntse a dula Egepeta hobane o ne a balehile Morena Solomone)+ 3 ba mo bitsa. Ka mora moo, Jeroboame le Baiseraele bohle ba tla ho Roboame mme ba re: 4 “Ntate wa hao o ne a re imeditse.+ Empa haeba o ka fokotsa mosebetsi o boima oo a re fileng wona mme wa re tshwara hantle, re tla o sebeletsa.”

5 A re ho bona: “Tsamayang mme le kgutlele ho nna ka mora matsatsi a mararo.” Ba tsamaya.+ 6 Morena Roboame a buisana le banna ba baholo* ba neng ba sebeletsa ntate wa hae Solomone ha a ntse a phela a re: “Le ka nkeletsa hore ke reng ho setjhaba see?” 7 Ba re ho yena: “Haeba kajeno o tla araba batho bana hantle, o be jwalo ka mohlanka ho bona mme o dumele kopo ya bona, ba tla dula ba o sebeletsa.”

8 Roboame a se ke a mamela keletso eo banna ba baholo ba ileng ba mo fa yona empa o ile a buisana le bahlankana bao a hotseng le bona bao e neng e se e le basebeletsi ba hae.+ 9 A re ho bona: “Ke reng ho batho baa ba itseng ke fokotse mosebetsi o boima oo ntate wa ka a ba fileng wona?” 10 Bahlankana bao a hotseng le bona ba re ho yena: “Bolella batho ba itseng ntate wa hao o ne a ba imeditse hore o tla ba imetsa ho feta ntate wa hao.* 11 Ere ho bona: ‘Ntate wa ka o ne a le imeditse empa nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate wa ka o le shapile ka diphadi empa nna ke tla le shapa ka diphadi tse nang le metsu.’”

12 Jeroboame le batho bohle ba tla ho Roboame ka letsatsi la boraro feela jwalo ka ha a ne a itse ba kgutle.+ 13 Morena a se ke a mamela keletso eo banna ba baholo ba mo fileng yona mme a araba batho hampe. 14 Morena a bua le bona ho ya ka keletso eo bahlankana ba neng ba mo file yona a re: “Ntate wa ka o ne a le imeditse empa nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate wa ka o le shapile ka diphadi empa nna ke tla le shapa ka diphadi tse nang le metsu.” 15 Morena a hana ho mamela setjhaba hobane Jehova o ile a etsa hore ho be jwalo+ e le hore ho ka phethahala mantswe ao Jehova a a buileng ho Jeroboame mora wa Nebate a sebedisa Akija+ wa Moshilo.

16 Ha Baiseraele bohle ba bona hore morena o hana ho ba mamela, ba re ho yena: “Ha ho na letho le re kopanyang le Davida ebile ha re na lefa ho mora wa Jese. Baiseraele, a re kgutleleng ho medimo ya rona. Hlokomela ntlo ya hao wena Davida.” Baiseraele ba kgutlela malapeng* a bona.+ 17 Roboame a nna a busa Baiseraele ba dulang metseng ya Juda.+

18 Morena Roboame a roma Adorame+ ya neng a etella pele batho ba bitseditsweng ho sebeletsa morena empa Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe. Morena Roboame a kgona ho kena ka kariking ya hae ya ntwa e le hore a balehele Jerusalema.+ 19 Haesale Baiseraele ba fetohela+ ntlo ya Davida ho fihlela letsatsing lena.

20 Hang ha Baiseraele ba utlwa hore Jeroboame o kgutlile, ba mo bitsetsa ka pela setjhaba mme ba mo etsa morena wa Iseraele yohle.+ Ke leloko la Juda feela le ileng la latela ntlo ya Davida.+

21 Ha Roboame a fihla Jerusalema, a bokella banna bohle ba leloko la Juda le la Benjamine e leng masole a kwetlisitsweng* a 180 000 hore a lwantshe ba ntlo ya Iseraele e le hore a kgutlisetse borena ho yena.+ 22 Modimo wa nnete a bua le Shemaia+ mohlanka wa Modimo wa nnete a re: 23 “Ere ho Roboame mora wa Solomone morena wa Juda le ho leloko lohle la Juda, la Benjamine le setjhaba sohle, 24 ‘Jehova o re: “Le se ke la yo lwantsha bana ba bo lona ba Baiseraele. E mong le e mong a kgutlele ha hae hobane ke nna ya entseng hore ntho ena e etsahale.”’”+ Ba mamela seo Jehova a se buileng mme ba kgutlela malapeng a bona feela jwalo ka ha Jehova a ba laetse.

25 Jeroboame a haha* Shikeme+ e dithabeng tsa Efraime mme a dula teng. A tloha moo a yo haha Penuele.+ 26 Jeroboame a re ka pelong: “Mmuso o tla kgutlela ntlong ya Davida.+ 27 Haeba setjhaba sena se tswela pele ho etsa mahlabelo ntlong ya Jehova e Jerusalema,+ se* tla kgutlela ho morena wa sona, morena Roboame wa Juda. Se tla mpolaya mme se kgutlele ho yena.” 28 Ka mora hore morena a fumane keletso, a etsa manamane a mabedi a kgauta+ mme a re ho setjhaba: “Jerusalema e hole. Modimo wa lona ya le ntshitseng naheng ya Egepeta ke enwa lona Baiseraele.”+ 29 A beha e nngwe Bethele+ mme e nngwe a e beha Dane.+ 30 Ntho ena ya etsa hore ba etse sebe+ ebile setjhaba se ne se ya Dane ho ya rapela namane e neng e le moo.

31 A etsa matlo a borapedi ka hodima dibaka tse phahameng mme a kgetha baprista ho batho feela bao e neng e se Balevi.+ 32 Ka la 15 kgweding ya borobedi, Jeroboame a etsa mokete o jwalo ka mokete wa Juda.+ A etsa mahlabelo aletareng e Bethele+ bakeng sa manamane ao a neng a a entse le ho beha baprista dibakeng tse phahameng tseo a neng a di entse Bethele. 33 A etsa dinyehelo aletareng e Bethele ka la 15 kgweding ya borobedi e leng kgwedi eo a neng a iqapetse yona. A etsetsa setjhaba sa Iseraele mokete mme a nyolohela aletareng ho ya etsa dinyehelo le sehlabelo se kubellang mosi.

13 Mohlanka wa Modimo a fihla Bethele a tswa Juda jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse+ mme a fumana Jeroboame a eme aletareng+ a etsa mahlabelo a kubellang mosi. 2 A hweletsa aletare ho ya ka taelo ya Jehova a re: “Wena aletare, aletare! Jehova o re: ‘Ho tla hlaha mora lapeng la Davida eo lebitso la hae e leng Josiase.+ O tla etsa mahlabelo ka baprista ba dibaka tse phahameng ba etsang mahlabelo a kubellang mosi hodima hao mme o tla tjhesa masapo a batho hodima hao.’”+ 3 A fana ka letshwao* letsatsing leo a re: “Lena ke letshwao leo Jehova a faneng ka lona: Aletare e tla petsolwa mme molora* o ho yona o qhalwe.”

4 Hang ha morena Jeroboame a utlwa seo mohlanka wa Modimo wa nnete a se buileng ka aletare e Bethele, a tlosa letsoho aletareng, a le otlolla a re: “Mo tshwareng!”+ Hanghang letsoho leo a neng a mo supile ka lona la omella* yaba o hloleha ho le kgutlisa.+ 5 Aletare ya petsoha le molora wa qhalana aletareng ho ya ka letshwao* leo mohlanka wa Modimo wa nnete a neng a fane ka lona ho latela taelo ya Jehova.

6 Morena a re ho mohlanka wa Modimo wa nnete: “Ke kopa o nkopele mohau ho* Jehova Modimo wa hao mme o rapelle hore letsoho la ka le fole.”+ Mohlanka wa Modimo wa nnete a kopa mohau ho Jehova mme letsoho la morena la fola. 7 Morena a re ho mohlanka wa Modimo wa nnete: “Tloo le nna ntlong o tlo ja dijo mme o ntumelle hore ke o fe mpho.” 8 Empa mohlanka wa Modimo wa nnete a re ho morena: “Le haeba o ne o ka mpha halofo ya ntlo ya hao, ke ne ke sa tlo tsamaya le wena le ho ja kapa ho nwa metsi sebakeng sena 9 hobane Jehova o ntaetse a re: ‘O se ke wa ja bohobe kapa wa nwa metsi hape o se ke wa kgutla ka tsela eo o ileng ka yona.’” 10 O ile a kgutla ka tsela e nngwe, eseng eo a tlileng ka yona Bethele.

11 Ho ne ho ena le moprofeta e mong ya tsofetseng ya dulang Bethele. Bara ba hae ba ile ba tla mme ba mo bolella dintho tsohle tseo mohlanka wa Modimo wa nnete a di entseng Bethele letsatsing leo le seo a neng a se buile ho morena. Ka mora hore ba mo bolelle dintho tsena, 12 a re ho bona: “Mohlanka eo o tsamaile ka tsela efe?” Bara ba hae ba mo bontsha tsela eo mohlanka wa Modimo wa nnete a tsamaileng ka yona ho tloha Juda. 13 A re ho bara ba hae: “Nqhaneheleng tonki.” Ba mo qhanehela tonki a e palama.

14 A latela mohlanka wa Modimo wa nnete yaba o mo fumana a dutse tlasa sefate se seholo. A re ho yena: “Na ke wena mohlanka wa Modimo wa nnete ya tswang Juda?”+ A re: “Ke nna.” 15 A re ho yena: “Tloo lapeng la ka o tlo ja.” 16 Empa mohlanka wa Modimo wa nnete a re: “Nke ke ka kgona ho tsamaya le wena kapa ho amohela kopo ya hao ebile nke ke ka ja kapa ka nwa metsi le wena sebakeng sena 17 hobane Jehova o itse ho nna, ‘O se ke wa ja kapa wa nwa metsi moo. O se ke wa kgutla ka tsela eo o ileng ka yona.’” 18 A re ho mohlanka wa Modimo wa nnete: “Le nna ke moprofeta jwalo ka wena mme lengeloi le buile le nna le laetswe ke Jehova la re, ‘Ere a kgutlele le wena ntlong ya hao e le hore a ka ja bohobe mme a nwa metsi.’” (O ne a mo thetsa.) 19 Mohlanka wa Modimo wa nnete a tsamaya le yena ho ya ja le ho nwa metsi ntlong ya hae.

20 Ha ba ntse ba dutse tafoleng, Jehova a bua le moprofeta ya tsofetseng 21 mme moprofeta eo a hweletsa mohlanka wa Modimo wa nnete ya tswang Juda a re, “Jehova o re ka ha o fetohetse taelo ya Jehova mme ha o a mamela taelo eo Jehova Modimo wa hao a o fileng yona 22 empa o kgutlile mme o jele le ho nwa metsi sebakeng seo ke itseng o se ke wa etsa jwalo ho sona, setopo sa hao se ke ke sa patelwa mabitleng a baholoholo ba hao.”+

23 Ka mora hore mohlanka wa Modimo wa nnete a je mme a nwe, moprofeta ya tsofetseng a mo qhanehela tonki. 24 A tsamaya empa tau ya mo fumana tseleng ya mo bolaya.+ Setopo sa hae se ne se rapaletse tseleng, tonki le tau di eme pela sona. 25 Banna ba babedi ba neng ba feta, ba ile ba bona setopo seo mme tau e ne e eme pela sona. Ba fihla ba bolella batho ba motse oo moprofeta ya tsofetseng a neng a dula ho wona.

26 Ha moprofeta ya tsofetseng* a utlwa ka taba ena, hanghang a re: “Ke mohlanka wa Modimo wa nnete ya fetohetseng taelo ya Jehova.+ Jehova o entse hore tau e mo hlasele e be e mo bolaye ho ya ka taelo eo Jehova a neng a mo file yona.”+ 27 A re ho bara ba hae: “Nqhaneheleng tonki.” Ba e qhaneha. 28 A tsamaya mme a fumana setopo seo se rapaletse tseleng, tonki le tau di eme pela sona. Tau e ne e sa se ja ebile e sa hlasela tonki. 29 Moprofeta ya tsofetseng a nka setopo sa mohlanka wa Modimo wa nnete mme a se beha hodima tonki, a tla le sona motseng wa habo mme a mo llela yaba o a mo pata. 30 A pata setopo seo ka lebitleng la hae mme ba nna ba mo llela ba re: “Ao ngwaneso!” 31 A re ho bara ba hae: “Ha ke shwa le mpatele sebakeng seo mohlanka wa Modimo wa nnete a patetsweng ho sona. Le behe masapo a ka pela masapo a hae.+ 32 Mantswe ao a a buileng ho ya ka taelo ya Jehova ka aletare e Bethele le ka matlo ohle a borapedi a dibakeng tse phahameng+ metseng ya Samaria a tla phethahala.”+

33 Le ka mora ntho ena, Jeroboame ha a ka a tlohela dintho tse mpe tseo a neng a di etsa empa o ile a nna a kgetha baprista ba dibaka tse phahameng hara batho feela.+ O ne a kgetha* motho e mong le e mong ya neng a batla ho ba moprista a re: “Mo kgetheng hore e be moprista wa dibaka tse phahameng.”+ 34 Sebe sena se ileng sa etswa ke ba lelapa la Jeroboame,+ se ile sa etsa hore ba fediswe lefatsheng.+

14 Abija mora wa Jeroboame a kula. 2 Jeroboame a re ho mosadi wa hae: “Ke kopa o ye Shilo mme o etse eka ha o mosadi wa ka e le hore ba se ke ba o tseba. Moprofeta Akija o moo. Ke yena ya ileng a re ke tla ba morena wa setjhaba sena.+ 3 Tsamaya o ye ho yena o nkile dilofo tsa bohobe tse leshome, dikuku le botlolo ya mahe a dinotshi. O tla o bolella hore na ho tla etsahalang ka moshanyana enwa.”

4 Mosadi wa Jeroboame a etsa seo a se buileng. A ya Shilo+ mme a fihla ntlong ya Akija. Mahlo a Akija a ne a shebile pele feela hobane o ne a sa bone ka lebaka la botsofadi.

5 Empa Jehova o ne a itse ho Akija: “Mosadi wa Jeroboame o a tla o tlo kopa thuso ho wena hobane mora wa hae o a kula. Ke tla o bolella hore na o reng ho yena.* Ha a fihla o tla be a ikentse eka ke motho e mong.”

6 Hang ha Akija a utlwa hore ho na le motho ya tlang monyako a re: “Kena wena mosadi wa Jeroboame. Ke hobaneng ha o ipatile? Ho itswe ke o fe molaetsa o bohloko. 7 Eya ho Jeroboame o mo bolelle hore Jehova Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke o kgethile hara setjhaba sa heno e le hore ke o etse moetapele wa setjhaba sa ka sa Iseraele.+ 8 Ka tlosa mmuso lelapeng la Davida mme ka o fa wona.+ Empa ha o a ba jwalo ka mohlanka wa ka Davida, ya ileng a mamela melao ya ka ka pelo yohle ya hae mme a etsa dintho tse nepahetseng feela mahlong a ka.+ 9 Empa o entse dintho tse mpe ho feta marena ohle a busitseng pele ho wena mme o iketseditse modimo le ditshwantsho tsa tshepe* e le hore o nketsetse sebe+ ebile o ntahlile.+ 10 Ka lebaka leo, ke tlisa tlokotsi lelapeng la Jeroboame. Ke tla fedisa bohle ba batona* lelapeng la hae, ho akareletsa le ba se nang thuso le ba se nang matla Iseraele. Ke tla fiela lelapa la Jeroboame+ feela jwalo ka ha motho a tlosa bolokwe ho fihlela bo fedile. 11 Mang kapa mang wa lelapa la Jeroboame ya shwellang motseng o tla jewa ke dintja mme ya shwellang naheng o tla jewa ke dinonyana ka ha Jehova o boletse.’

12 Tsamaya o ye ha hao. Ha o fihla motseng, ngwana o tla shwa. 13 Baiseraele bohle ba tla mo llela mme ba mo pate hobane ke yena feela wa lelapa la Jeroboame ya tla patelwa lebitleng. Ke yena feela wa lelapa la Jeroboame eo Jehova Modimo wa Iseraele a fumaneng ntho e ntle ho yena. 14 Jehova o tla ikgethela morena ya tla busa Iseraele. Morena eo o tla fedisa ba lelapa la Jeroboame,+ ho tloha letsatsing leo ho ya pele mme letsatsi leo le se le fihlile. 15 Jehova o tla otla Iseraele hore e thekesele jwalo ka lehlaka ka metsing mme o tla tlosa Baiseraele naheng ena e ntle eo a e fileng baholoholo ba bona,+ a ba hasanye ka nqane ho Noka*+ hobane ba iketseditse dipalo tse halalelang*+ mme ba foseditse Jehova. 16 O tla lahla Baiseraele ka lebaka la dibe tseo Jeroboame a di entseng le tseo a entseng hore Baiseraele ba di etse.”+

17 Mosadi wa Jeroboame a ya Tirza. Ha a fihla monyako wa ntlo, moshanyana a shwa. 18 Ba mo pata mme Baiseraele bohle ba mo llela, ho ya ka moo Jehova a neng a buile a sebedisa mohlanka wa hae moprofeta Akija.

19 Histori yohle ya Jeroboame, ka moo a ileng a lwana+ le ho busa ka teng, e ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 20 Jeroboame o ile a busa ka dilemo tse 22 yaba o a shwa.*+ Mora wa hae Nadabe ya eba morena.+

21 Roboame mora wa Solomone e ne e le yena morena wa Juda. Roboame o ne a le dilemo di 41 ha e eba morena. O busitse Jerusalema ka dilemo tse 17 e leng motse oo Jehova a neng a o kgethile+ malokong ohle a Iseraele e le sebaka seo a tla beha lebitso la hae ho sona.+ Lebitso la mme wa Roboame e ne e le Naama wa Moamone.+ 22 Bajuda ba ne ba etsa dintho tse sa thabiseng Jehova+ mme dibe tseo ba ileng ba di etsa di ile tsa mo halefisa ho feta ka moo baholoholo ba bona ba ileng ba mo halefisa ka teng.+ 23 Le bona ba ile ba ikahela dibaka tse phahameng, dipilara tse halalelang le dipalo tse halalelang*+ hodima maralla ohle a phahameng+ le tlasa difate tsohle tse ntle tse tala.+ 24 Ho ne ho boetse ho ena le matekatse a banna naheng.+ Setjhaba sohle se ne se etsa dintho tsohle tse mpe tseo ditjhaba tseo Jehova a ileng a di leleka ka pela Baiseraele di neng di di etsa.

25 Ka selemo sa bohlano Morena Roboame a busa, Morena Shishake+ wa Egepeta a hlasela Jerusalema.+ 26 A nka matlotlo a ntlo ya Jehova le a ntlo ya morena.*+ A nka le dintho tsohle, ho akareletsa le dithebe tsa kgauta tseo Solomone a neng a di entse.+ 27 Morena Roboame a etsa dithebe tsa koporo sebakeng sa tseo mme a re di hlokomelwe ke balaodi ba balebedi* ba neng ba lebela monyako wa ntlo ya morena. 28 Neng kapa neng ha morena a tla ntlong ya Jehova, balebedi ba ne ba nka dithebe tseo mme ba di kgutlisetsa kamoreng ya balebedi.

29 Histori yohle ya Roboame le dintho tsohle tseo a di entseng, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda.+ 30 Roboame le Jeroboame ba ne ba dula ba lwantshana.+ 31 Roboame a shwa* yaba o patelwa Motseng wa Davida.+ Lebitso la mme wa hae e ne e le Naama wa Moamone.+ Mora wa hae Abijame*+ ya eba morena.

15 Ha Morena Jeroboame+ mora wa Nebate a ena le dilemo tse 18 a busa, Abijame ya eba morena wa Juda.+ 2 O ile a busa Jerusalema ka dilemo tse tharo. Lebitso la mme wa hae e ne e le Maaka+ setloholo sa Absalome.* 3 A etsa dibe tse tshwanang le tseo ntate wa hae a neng a di etsa. O ne a sa sebeletse Jehova Modimo wa hae ka pelo ya hae yohle jwalo ka ha moholoholo wa hae Davida a ne a mo sebeletsa. 4 Le ha ho le jwalo, ka lebaka la Davida,+ Jehova Modimo wa hae o ile a etsa hore ho be le e mong wa leloko la hae ya busang Jerusalema+ ka hore a etse hore mora wa hae a buse mme a boloke Jerusalema e le teng. 5 Davida o ile a etsa dintho tse thabisang Jehova, a etsa dintho tsohle tseo a neng a mo laetse tsona bophelo bohle ba hae, ntle le tabeng ya Uria wa Mohethe.+ 6 Bophelong bohle ba Roboame, ho bile le ntwa pakeng tsa hae le Jeroboame.+

7 Histori yohle ya Abijame le dintho tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda.+ Hape Abijame le Jeroboame ba ile ba lwana.+ 8 Abijame a shwa* mme a patelwa Motseng wa Davida. Mora wa hae Asa+ ya eba morena.+

9 Ha morena Jeroboame a ena le dilemo tse 20 a busa Iseraele, Asa e ile ya eba morena wa Juda. 10 O busitse Jerusalema ka dilemo tse 41. Lebitso la nkgono wa hae e ne e le Maaka+ setloholo sa Absalome.* 11 Asa a etsa dintho tse thabisang Jehova+ jwalo ka moholoholo wa hae Davida. 12 O ile a tlosa matekatse a banna* naheng+ mme a tlosa le ditshwantsho tsohle tse rapelwang tse nyonyehang* tseo baholoholo ba hae ba neng ba di entse.+ 13 A tlosa le nkgono wa hae Maaka+ boemong ba bofumahadi hobane o ne a etseditse palo e halalelang* setshwantsho se rapelwang se nyonyehang. Asa o ile a diha setshwantsho seo,+ a se tjhesetsa Kgohlong ya Kidrone.+ 14 Empa dibaka tse phahameng ha di a ka tsa tloswa.+ Le ha ho le jwalo, Asa o ile a sebeletsa Jehova ka pelo yohle bophelo bohle ba hae. 15 A tlisa dintho tseo yena le ntate wa hae ba di halaleditseng ka tlung ya Jehova e leng silevera, kgauta le disebediswa tse fapafapaneng.+

16 Asa le Basha+ morena wa Iseraele ba ne ba dula ba lwantshana. 17 Morena Basha wa Iseraele a hlasela Juda mme a haha* Rama+ e le hore ho se ke ha eba le motho ya tswang kapa ya kenang Juda ho Morena Asa.+ 18 Morena Asa a nka silevera le kgauta yohle e neng e setse matlotlong a ntlo ya Jehova le a ntlo* ya morena mme a e fa bahlanka ba hae. A ba romela ho Ben-hadade mora wa Tabrimone mora wa Hezione, morena wa Siria+ ya neng a dula Damaseka a re: 19 “Ke entse selekane le wena jwalo ka ha ntate wa ka a ne a se entse le ntate wa hao. Ke o romella mpho ya silevera le kgauta. Tloo mme o kgaole selekane sa hao le Morena Basha wa Iseraele e le hore a ka ntlohela.” 20 Ben-hadade a mamela Morena Asa mme a romela balaodi ba hae ba masole hore ba hlasele metse ya Iseraele. Ba hapa motse wa Ijone,+ Dane,+ Abele-bethe-maaka, Kinerethe yohle le naha yohle ya Nefthali. 21 Ha Basha a utlwa ka taba ena, hanghang a tlohela ho haha* Rama mme a nna a dula Tirza.+ 22 Morena Asa a bitsa Bajuda bohle, ha a ka a siya le ya mong mme ba nka majwe le difate tsa Rama tseo Basha a neng a haha* ka tsona yaba Morena Asa o haha Geba+ e Benjamine le Mizpa+ ka tsona.

23 Histori yohle ya Asa, matla a hae, dintho tsohle tseo a ileng a di etsa le metse eo a ileng a e haha,* di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda. Botsofading ba hae o ile a tshwarwa ke maoto.+ 24 Asa a shwa* mme a patelwa Motseng wa Davida moholoholo wa hae. Mora wa hae Josafate+ ya eba morena.

25 Nadabe+ mora wa Jeroboame e ile ya eba morena wa Iseraele ha Morena Asa a ena le dilemo tse pedi a busa Juda. Nadabe o busitse Iseraele ka dilemo tse pedi. 26 A nna a fosetsa Jehova le ho etsa dintho tse mpe tseo ntate wa hae a neng a di etsa+ mme a etsa sebe se tshwanang le seo ntate wa hae a ileng a etsa hore Baiseraele ba se etse.+ 27 Basha mora wa Akija wa lelapa la Isakare a rera ho mo bolaya, a mo bolaela Gibethone+ eo e neng e le ya Bafilista, ha Nadabe le Baiseraele bohle ba thibeletse Gibethone. 28 Ha Morena Asa a ena le dilemo tse tharo a busa Juda, Basha o ile a bolaya Nadabe mme ya eba morena wa Iseraele. 29 Hang ha e eba morena, a bolaya bohle ba lelapa la Jeroboame, ha a ka a siya le a le mong. O ile a ba fedisa ho ya ka seo Jehova a neng a se buile ho mohlanka wa hae Akija wa Moshilo.+ 30 O ile a etsa sena ka lebaka la dibe tseo Jeroboame a neng a di entse le tseo a neng a entse hore Baiseraele ba di etse le hobane a ne a foseditse Jehova Modimo wa Iseraele. 31 Histori yohle ya Nadabe le dintho tsohle tseo a di entseng di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 32 Asa le Morena Basha wa Iseraele ba ile ba dula ba lwantshana.+

33 Ha Morena Asa a ena le dilemo tse tharo a busa Juda, Basha mora wa Akija ya eba morena wa Baiseraele bohle Tirza mme a busa ka dilemo tse 24.+ 34 Empa o ile a nna a fosetsa Jehova+ mme a etsa sebe seo Jeroboame a ileng a etsa hore Baiseraele ba se etse.+

16 Jehova a bua ka Basha ho Jehu+ mora wa Hanani+ a re: 2 “Ke o phahamisitse o le tlase mme ka o etsa moetapele wa setjhaba sa ka sa Iseraele+ empa o ile wa nna wa etsa diketso tse tshwanang le tsa Jeroboame mme wa etsa hore setjhaba sa ka sa Iseraele se etse sebe e le hore se nkutlwise bohloko.+ 3 Ke tla fedisa Basha le ba lelapa la hae mme ke etse hore lelapa la hae le be jwalo ka lelapa la Jeroboame+ mora wa Nebate. 4 Bohle ba lelapa la Basha ba shwellang motseng ba tla jewa ke dintja mme ba shwellang naheng ba jewe ke dinonyana.”

5 Histori yohle ya Basha, dintho tseo a di entseng le matla a hae di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 6 Basha a shwa* mme a patelwa Tirza.+ Ela mora wa hae ya eba morena. 7 Jehova o ile a bua le moprofeta Jehu mora wa Hanani ka Basha le ba lelapa la hae ka lebaka la dintho tse mpe tseo a di entseng mahlong a Jehova jwalo ka lelapa la Jeroboame le hobane a ile a bolaya Nadabe.+

8 Ha Morena Asa a ena le dilemo tse 26 a busa Juda, Ela mora wa Basha ya eba morena wa Iseraele Tirza mme a busa ka dilemo tse pedi. 9 Ha Morena Ela a le Tirza a ntse a nwa e le hore a tahwe ntlong ya Arza, ya neng a eteletse pele lelapa la morena motseng wa Tirza, mohlanka wa hae Zimri ya neng a etella pele halofo ya dikariki tsa hae tsa ntwa, a rera ho mo bolaya. 10 Zimri a tla, a mo otla+ mme a mo bolaya. Ka nako eo Morena Asa o ne a ena le dilemo tse 27 a busa Juda mme Zimri ya eba morena. 11 Ha a dula teroneng mme e eba morena, o ile a bolaya bohle ba lelapa la Basha. Ha a ka a siya le ha e le ya mong e motona* ebang ke eo a amanang* le yena kapa metswalle ya hae. 12 Zimri a fedisa bohle ba lelapa la Basha, ho ya ka seo Jehova a neng a se buile ka yena a sebedisa moprofeta Jehu.+ 13 Sena se etsahetse ka lebaka la dibe tseo Basha le mora wa hae Ela ba neng ba di entse le dibe tseo ba entseng hore Baiseraele ba di etse ka ho fosetsa Jehova Modimo wa Iseraele ka ditshwantsho tsa bona tse rapelwang tse se nang thuso.+ 14 Histori yohle ya Ela le dintho tsohle tseo a di entseng di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele.

15 Ha Morena Asa a ena le dilemo tse 27 a busa Juda, Zimri ya eba morena Tirza ka matsatsi a supileng nakong eo masole a neng a hlomme ditente e le hore a hlasele Gibethone,+ eo e neng e le ya Bafilista. 16 Masole a neng a hlomme ditente a utlwa ho thwe Zimri o entse bolotsana ebile o bolaile morena. Baiseraele bohle ba kgetha Omri+ molaodi wa masole hore e be morena wa Iseraele letsatsing leo hona moo ditenteng. 17 Omri le Baiseraele bohle ba nang le yena ba tloha Gibethone ho ya thibella Tirza. 18 Ha Zimri a bona hore motse o hapilwe, a kena ka toreng e sireletsehileng ya ntlo* ya morena mme a itjheselletsa ka tlung yaba o a shwa.+ 19 Sena se etsahetse ka lebaka la dibe tseo a neng a di entse tse neng di sa thabise Jehova, diketso tsa hae tse tshwanang le tsa Jeroboame le sebe seo a entseng hore Baiseraele ba se etse.+ 20 Histori yohle ya Zimri le morero wa hae wa bolotsana, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele.

21 Ka nako eo setjhaba sa Iseraele sa ikarola dihlopha tse pedi. Sehlopha se seng sa latela Tibni mora wa Ginathe mme sa batla ho mo etsa morena, se seng sa latela Omri. 22 Batho ba neng ba latela Omri ba hlola batho ba neng ba latela Tibni mora wa Ginathe. Tibni a shwa mme Omri ya eba morena.

23 Ha Morena Asa a ena le dilemo tse 31 a busa Juda, Omri ya eba morena wa Iseraele mme a busa ka dilemo tse 12. Tirza teng a busa ka dilemo tse tsheletseng. 24 A reka thaba ya Samaria ho Shemere ka silevera ya boima bo ka etsang dikhilokramo tse 68* mme a haha motse hodima thaba eo. Motse oo a neng a o hahile Samaria*+ a o rehella ka Shemere e leng monga* thaba eo. 25 Omri a nna a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova. O ne a etsa dintho tse mpe ho feta bohle ba tlileng pele ho yena.+ 26 O ile a etsa diketso tse tshwanang le tsa Jeroboame mora wa Nebate. A etsa sebe se tshwanang le seo Jeroboame a se entseng sa hore a etse hore Baiseraele ba fosetse Jehova Modimo wa Iseraele ka ditshwantsho tsa bona tse rapelwang tse se nang thuso.+ 27 Histori yohle ya Omri, dintho tseo a di entseng le matla a hae di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 28 Omri a shwa* mme a patelwa Samaria. Mora wa hae Akabe+ ya eba morena.

29 Ha Morena Asa a ena le dilemo tse 38 a busa Juda, Akabe mora wa Omri ya eba morena wa Iseraele. A busa Iseraele e Samaria+ ka dilemo tse 22. 30 Akabe mora wa Omri a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova ho feta marena ohle a busitseng pele ho yena.+ 31 O ne a etsa dibe tseo Jeroboame+ mora wa Nebate a di entseng. O ile a boela a nyala Jezebele+ moradi wa Ethebaale morena wa Basidone+ mme a sebeletsa Baale+ le ho mo rapela. 32 Hape a etsetsa Baale aletare ka tlung* ya Baale+ eo a neng a e hahile Samaria. 33 Akabe a boela a etsa palo e halalelang.*+ O ile a fosetsa Jehova Modimo wa Iseraele ho feta marena ohle a Iseraele a busitseng pele ho yena.

34 Ha Akabe a ntse a busa, Hiele wa Mobethele a haha Jeriko botjha. Ha a ne a haha motheo wa yona, mora wa hae wa letsibolo e leng Abirame o ile a shwa mme ha a kenya mamati a yona, mora wa hae e monyenyane Segube le yena a shwa. Sena ke seo Jehova a ileng a se bua a sebedisa Joshua mora wa Nune.+

17 Elia*+ wa Motishba moahi wa Gileade+ a re ho Akabe: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo wa Iseraele ya phelang eo ke mo sebeletsang* hore dilemong tsena ho ke ke ha eba le phoka kapa pula ntle le haeba ke bolela hore di tla ba teng.”+

2 Jehova a bua le Elia a re: 3 “Tloha mona o tsamaye ka tsela e yang botjhabela mme o ipate Kgohlong ya Kerithe e ka botjhabela ho Jordane. 4 O nwe metsi nokaneng mme ke tla laela makgwaba hore a o tlisetse dijo moo.”+ 5 Ka potlako a etsa seo Jehova a mo laetseng sona, a tsamaya mme a dula Kgohlong ya Kerithe e ka botjhabela ho Jordane. 6 Makgwaba a ne a mo tlisetsa bohobe le nama hoseng le mantsiboya mme o ne a nwa metsi nokaneng.+ 7 Ka mora matsatsi nokana ya psha+ hobane pula e ne e sa ne.

8 Jehova a bua le Elia a re: 9 “Eya Sarepta ya Basidone mme o dule teng. Ke tla laela mosadi wa mohlolohadi moo hore a o fe dijo.”+ 10 A tsamaya a ya Sarepta. Ha a fihla keiting ya motse, ho ne ho ena le mosadi wa mohlolohadi ya ntseng a rwalla patsi. Elia a mo hweletsa a re: “Ke kopa o ntlisetse metsi a manyenyane e le hore ke nwe.”+ 11 Ha mosadi eo a yo lata metsi, a mo hweletsa a re: “Ke kopa o ntlele bohobe.” 12 Mosadi eo a re: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo wa hao ya phelang, ha ke na bohobe haese phofo e ka tlalang seatla e ka nkgong e kgolo le oli e nyenyane e ka nkgong e nyenyane.+ Hona jwale ke rwalla patsi e seng kae ebe ke ya hae mme ke etsetsa nna le mora wa ka dijo. Re tla ja ka lekgetlo la ho qetela ebe re a shwa.”

13 Elia a re ho yena: “O se ke wa tshoha. Eya hae mme o etse seo o se buileng. Empa pele ho moo, nketsetse bohobe bo sedikadikwe bo bonyenyane ka dintho tse teng mme o bo tlise ho nna. Ka mora moo, o ka etsetsa wena le mora wa hao dijo. 14 Jehova Modimo wa Iseraele o itse: ‘Phofo e ka nkgong e kgolo e ke ke ya fela le oli e ka nkgong e nyenyane e ke ke ya fela ho fihlela letsatsing leo ka lona Jehova a nesang pula.’”+ 15 A tsamaya mme a etsa feela jwalo ka ha Elia a buile. Yena, ba lelapa la hae le Elia ba ile ba eba le dijo ka matsatsi a mangata.+ 16 Phofo e ka nkgong e kgolo le oli e ka nkgong e nyenyane ha di a ka tsa fela ho ya ka seo Jehova a neng a se buile a sebedisa Elia.

17 Ka mora dintho tsena, mosadi wa mohlolohadi e leng mongantlo, a kulelwa ke mora, a kula haholo hoo a ileng a shwa.+ 18 A re ho Elia: “Mohlanka wa Modimo wa nnete, ke o entseng? Na o tletse ho tla nkgopotsa phoso ya ka le ho bolaya mora wa ka?”+ 19 Elia a re ho yena: “Mphe mora wa hao.” A mo nka matsohong a mme wa hae a ya le yena kamoreng e marulelong eo a neng a dula ho yona, a mo beha hodima bethe ya hae.+ 20 Elia a rapela Jehova a re: “Jehova Modimo wa ka,+ na o tlisetsa mosadi eo wa mohlolohadi eo ke dulang le yena tlokotsi ka hore o bolaye mora wa hae?” 21 A paqama hodima ngwana ka makgetlo a mararo mme a rapela Jehova a re: “Jehova Modimo wa ka, ke kopa o etse hore ngwana enwa a phele hape.” 22 Jehova a mamela kopo ya Elia+ mme ngwana a boela a phela.+ 23 Elia a nka ngwana mme a theoha le yena ho tswa kamoreng e marulelong a ya ka tlung yaba o mo isa ho mme wa hae. Elia a re: “Bona, mora wa hao o a phela.”+ 24 Mosadi eo a re ho Elia: “Jwale ke a tseba hore ka nnete o mohlanka wa Modimo+ le hore mantswe ao o a buang a tswang ho Jehova ke nnete.”

18 Ka mora nako e itseng ka selemo sa boraro+ Jehova a bua le Elia a re: “Eya ho Akabe mme ke tla nesa pula lefatsheng.”+ 2 Elia a ya ho Akabe nakong eo ho neng ho ena le tlala e kgolo+ Samaria.

3 Akabe a bitsa Obadia ya neng a hlokometse lelapa la morena. (Obadia o ne a hlompha Jehova haholo. 4 Ha Jezebele+ a bolaya* baprofeta ba Jehova, Obadia o ile a nka baprofeta ba 100 a ba pata, ba 50 ka lehaheng le leng le ba bang ba 50 ka ho le leng mme o ne a ba fa bohobe le metsi.) 5 Akabe a re ho Obadia: “Eya didibeng le dikgohlong* tsohle tse teng naheng ena. Mohlomong re tla fumana jwang bo lekaneng e le hore dipere le dimmoulo tsa rona di nne di phele mme diphoofolo tsa rona di se ke tsa shwa kaofela.” 6 Ba arolelana dibaka tseo ba tla ya ho tsona. Akabe a tsamaya a le mong ka tsela ena mme Obadia a tsamaya a le mong ka tsela yane.

7 Ha Obadia a ntse a le tseleng, Elia a mo kgahlanyetsa. Ha a mo bona a kgumama* a re: “Morenaka Elia na ke wena?”+ 8 A re ho yena: “Ke nna. Tsamaya o yo bolella morena wa hao hore ke teng.” 9 Empa Obadia a re: “Ke sebe sefe seo ke se entseng hore o fane ka nna ho Akabe hore a mpolaye? 10 Ke hlapanya ka Jehova Modimo wa hao ya phelang hore ha ho na setjhaba kapa mmuso oo morenaka a sa romelang batho ho wona hore ba batlane le wena. Ka mora hore ba re, ‘Ha a yo mona,’ o ile a etsa hore mebuso le ditjhaba di hlapanye hore ha ba a o fumana.+ 11 Empa jwale o re ke tsamaye ke yo bolella morena hore o teng.” 12 Ha ke tloha ho wena, moya o halalelang wa Jehova o tla o isa+ sebakeng seo ke sa se tsebeng. Etlare ha ke bolella Akabe hore o teng mme a sa o fumane, o tla mpolaya. Nna mohlanka wa hao esale ke hlompha Jehova ho tloha ke sa le motjha. 13 Na morenaka ha o a ka wa bolellwa hore na ke entseng ha Jezebele a bolaya baprofeta ba Jehova, hore ke ile ka pata baprofeta ba Jehova ba 100 ka lehaheng ka dihlopha tsa ba 50 mme ka nna ka ba fa bohobe le metsi?+ 14 Empa o re ke tsamaye ke yo bolella morena hore o teng. Ka nnete morena o tla mpolaya.” 15 Elia a re: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo wa mabotho ya phelang eo ke mo sebeletsang* hore kajeno ke tla ikisa ho yena.”

16 Obadia a tsamaya ho ya kopana le Akabe mme a mo bolella yaba Akabe o yo kopana le Elia.

17 Hang ha Akabe a bona Elia a re ho yena: “Na ke wena, wena ya tlisetsang Iseraele mathata?”*

18 Elia a re ho yena: “Ha se nna ya tlisitseng mathata Iseraele, ke wena le lelapa la ntate wa hao hobane le tlohetse melao ya Jehova mme le latetse medimo ya Baale.+ 19 Mpitsetse Baiseraele bohle Thabeng ya Karmele,+ baprofeta ba Baale ba 450 le baprofeta ba palo e halalelang*+ ba 400, ba jellang tafoleng ya Jezebele.” 20 Akabe a romela molaetsa ho setjhaba sohle sa Iseraele mme a bokella baprofeta Thabeng ya Karmele.

21 Elia a atamela setjhaba sohle mme a re: “Le tla dula le sa tsebe hore na le lehlakoreng lefe* ho fihlela neng?+ Haeba Jehova ke Modimo wa nnete, mo lateleng+ empa haeba Baale e le yena modimo wa nnete le latele yena.” Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba. 22 Elia a re ho setjhaba: “Ke setse ke le mong ho baprofeta ba Jehova,+ ha baprofeta ba Baale bona ba le 450. 23 Ereng ba re fe dipohwana tse pedi, ba ikgethele pohwana e le nngwe mme ba e kgaole dikotwana ba e behe hodima patsi empa ba se ke ba e hotetsa. Ke tla lokisa pohwana e nngwe mme ke e behe hodima patsi empa nke ke ka e hotetsa. 24 Hweletsang ho modimo wa lona+ mme le kope thuso, le nna ke tla kopa thuso ho Jehova. Modimo ya tla arabela ka ho romela mollo o tla bontsha hore ke yena Modimo wa nnete.”+ Setjhaba sohle sa re: “Ntho eo o e buang e a utlwahala.”

25 Elia a re ho baprofeta ba Baale: “Ikgetheleng pohwana e le nngwe le e lokise pele hobane ke lona ba bangata. Le hweletse lebitso la modimo wa lona empa le se ke la e hotetsa.” 26 Ba nka pohwana eo ba neng ba e filwe, ba e lokisa. Ba nna ba bitsa lebitso la Baale ho tloha hoseng ho fihlela motshehare ba ntse ba re: “Baale re arabe!” Empa ho ne ho se na lentswe kapa motho ya ba arabang.+ Ba nna ba qhomaqhoma ho potoloha aletare eo ba neng ba e entse. 27 Motshehare Elia a ba soma a re: “Hweletsang haholo ka ha le re ke modimo!+ Mohlomong o ntse a ja masapo a hlooho kapa o ile ntlwaneng.* Kapa o robetse o hloka ho tsoswa.” 28 Ba ne ba hweleditse haholo ebile ba itsheha ka dithipa le marumo ho ya ka tlwaelo ya bona, ho fihlela ba le madi hohle mmeleng. 29 Letshehare la fela ba ntse ba etsa ntho e tshwanang,* ho fihlela mantsiboya ha ho etswa nyehelo ya dijo* empa ho ne ho se na lentswe kapa motho ya ba arabang. Ho ne ho se na motho ya ba mametseng.+

30 Qetellong Elia a re ho setjhaba sohle: “Nkatameleng.” Sa atamela. A lokisa aletare ya Jehova e neng e heleditswe.+ 31 Elia a nka majwe a 12, a lekanang le palo ya maloko a bara ba Jakobo, eo Jehova a neng a itse ho yena lebitso la hae e tla ba Iseraele.+ 32 Ka majwe ao a haha aletare+ e tlisang thoriso lebitsong la Jehova. Ho potoloha aletare a etsa foro. Sebaka se ka hara moedi o entsweng ke foro se ne se le boholo ba hore ho ka jalwa peo e ka etsang dilithara tse 15.* 33 A beha patsi hantle, a kgaola pohwana dikotwana mme a e beha hodima patsi.+ A re: “Tlatsang metsi ka dinkgong tse nne tse kgolo le a tshele hodima nyehelo ya setjheso le patsi.” 34 A re: “A tsheleng hape.” Ba a tshela. A boela a re: “A tsheleng ka lekgetlo la boraro.” Ba a tshela ka lekgetlo la boraro. 35 Metsi a tlala hohle aletareng, ba a tlatsa le ka forong.

36 Mantsiboya ha ho etswa nyehelo ya dijo,*+ moprofeta Elia a atamela a re: “Jehova Modimo wa Abrahama,+ Isaka+ le Iseraele, kajeno batho bohle ba ke ba tsebe hore o Modimo Iseraele mme nna ke mohlanka wa hao le hore ke wena ya ntaetseng hore ke etse dintho tsena tsohle.+ 37 Nkarabe Jehova. Nkarabe e le hore batho bana ba ka tseba hore wena Jehova o Modimo wa nnete le hore o ba thusa hore ba kgutlele ho wena.”+

38 Mollo wa Jehova wa theoha lehodimong mme wa tjhesa nyehelo ya setjheso,+ patsi, majwe, lerole le metsi a neng a le ka forong.+ 39 Ha batho bohle ba bona se etsahalang, ka potlako ba kgumama ba re: “Jehova ke Modimo wa nnete! Jehova ke Modimo wa nnete!” 40 Elia a re ho bona: “Tshwarang baprofeta ba Baale! Ho se ke ha eba le ya mong ya phonyohang!” Ba ba tshwara mme Elia a ba theolela nokaneng* ya Kishone+ yaba o ba bolaela teng.+

41 Elia a re ho Akabe: “Nyoloha o yo ja mme o nwe hobane ho na le modumo wa pula e matla.”+ 42 Akabe a nyoloha ho ya ja le ho nwa empa Elia yena a nyolohela ka hodima thaba ya Karmele mme a kgumama a kentse hlooho pakeng tsa mangole.+ 43 Elia a re ho mohlanka wa hae: “Ke kopa o nyolohe mme o shebe lewatleng.” A nyoloha mme a sheba yaba o re: “Ho hang ha ho letho.” Elia a re a kgutlele teng ka makgetlo a supileng. 44 Ka lekgetlo la bosupa mohlanka wa hae a re: “Ho na le leru le lenyenyane le kang letsoho la motho le nyolohang lewatleng.” Elia a re: “Eya ho Akabe o re, ‘Lokisa kariki ya hao, o theohe e le hore pula e matla e se ke ya o thibella!’” 45 Hanghang maru a kwahela, ha fifala, ha foka moya yaba ho na pula e matla.+ Akabe a palama kariki ya hae a ya Jezriele.+ 46 Jehova a fa Elia matla yaba o tlama seaparo sa hae thekeng o matha ka pela Akabe ho ya fihla Jezriele.

19 Akabe+ a bolella Jezebele+ dintho tsohle tseo Elia a di entseng le hore o bolaile baprofeta bohle ka sabole.+ 2 Jezebele a romela moromuwa ho Elia a re: “E se eka medimo e ka mpha kotlo e boima haeba hosane ka nako ena ke sa o bolaya jwalo ka baprofeta bao o ba bolaileng!” 3 Elia a tshoha mme a baleha e le hore a pholose bophelo ba hae.+ A ya Beersheba+ ya Juda+ mme a siya mohlanka wa hae moo. 4 A tsamaya leeto le ka nkang letsatsi a ya lefeelleng mme a fihla a dula tlasa sefate sa lefielo. A ikopela ho shwa a re: “Ho lekane Jehova! Mpolaye+ hobane ho tshwana le ha ke shwele jwalo ka baholoholo ba ka.”

5 A paqama yaba o kgaleha tlasa sefate seo. Empa lengeloi la mo tshwara+ la re ho yena: “Tsoha o je.”+ 6 Ha a tsoha, pela hlooho ya hae ho ne ho ena le bohobe bo sedikadikwe hodima majwe a tjhesang le jeke ya metsi. A ja mme a nwa yaba o robala hape. 7 Ha morao lengeloi la Jehova la tla ka lekgetlo la bobedi mme la mo tshwara la re: “Tsoha o je hobane o sa ntse o tlo nka leeto le lelelele le boima.” 8 A tsoha a ja mme a nwa. Dijo tseo di ile tsa mo fa matla a hore a tsamaye matsatsi a 40 le masiu a 40 ho fihlela a fihla Horebe, thabeng ya Modimo wa nnete.+

9 Ha a fihla moo, a kena ka lehaheng+ mme a robala ka ho lona. Jehova a bua le yena a re: “Elia, o batlang moo?” 10 Elia a re: “Haesale ke sebeletsa Jehova Modimo wa mabotho ka tjheseho.+ Baiseraele ba fetohetse selekane seo ba se entseng le wena,+ ba sentse dialetare tsa hao, ba bolaile baprofeta ba hao ka sabole+ mme ke nna feela ya setseng. Le nna ba batla ho mpolaya.”+ 11 A re: “Tswa o ye ka hodima thaba mme o eme ka pela Jehova.” Jehova o ne a feta+ mme moya o matla o ne o petsola dithaba le mafika ka pela Jehova+ empa Jehova o ne a se moyeng oo. Ka mora moya oo, ho ile ha eba le tshisinyeho ya lefatshe+ empa Jehova o ne a le siyo ho yona. 12 Ka mora tshisinyeho ya lefatshe, ho ile ha eba le mollo+ empa Jehova o ne a le siyo mollong oo. Ka mora mollo, ho ile ha eba le lentswe le buelang fatshe.+ 13 Hang ha Elia a le utlwa, a ikwahela sefahleho ka seaparo sa hae se kgethehileng+ mme a tswa a ema monyako wa lehaha. Lentswe leo la re ho yena: “Elia, o batlang moo?” 14 Elia a re: “Haesale ke sebeletsa Jehova Modimo wa mabotho ka tjheseho. Baiseraele ba fetohetse selekane seo ba se entseng le wena,+ ba sentse dialetare tsa hao, ba bolaile baprofeta ba hao ka sabole, ke nna feela ya setseng. Le nna ba batla ho mpolaya.”+

15 Jehova a re ho yena: “Kgutla, o ye lefeelleng la Damaseka. Ha o fihla moo, o tlotse Hazaele+ hore e be morena wa Siria. 16 O tlotse Jehu+ setloholo sa Nimshi hore e be morena wa Iseraele mme o tlotse Elisha* mora wa Shafate ya tswang Abele-mehola hore e be moprofeta ya tla o nkela sebaka.+ 17 Jehu o tla bolaya+ mang kapa mang ya phonyohang sabole ya Hazaele,+ Elisha a bolaye+ mang kapa mang ya phonyohang sabole ya Jehu. 18 Ho ntse ho ena le batho ba 7 000 ba setseng Iseraele+ ba sa kang ba kgumamela Baale+ le ho mo suna.”+

19 Ha a tloha moo, a fumana Elisha mora wa Shafate a ntse a lema ka dipoho tse 24 tse pannweng ka bobedi ka pela hae, o ne a tsamaya le tse pedi tse qetellang. Elia a ya ho yena mme a lahlela seaparo sa hae se kgethehileng+ hodima hae. 20 Elisha a siya dipoho a mathela Elia mme a re ho yena: “Ke kopa ho ya suna Mme le Ntate. Ka mora moo ke tla o latela.” Elia a re ho yena: “Eya o kgutle hobane ha ke a o thibela.” 21 A kgutla a nka dipoho tse pedi ho tse pannweng yaba o etsa sehlabelo ka tsona mme a besa mollo ka dijoko tse neng di panne dipoho e le hore a phehe nama ya dipoho tseo. A e fa batho mme ba e ja. Ka mora moo a tsamaya, a latela Elia mme a mo sebeletsa.+

20 Morena Ben-hadade+ wa Siria+ a bokella masole ohle a hae, marena a 32, masole a ona, dipere tsa ona le dikariki tsa ntwa. A fihla Samaria+ a e thibella+ yaba o a e lwantsha. 2 A romela baromuwa ho Morena Akabe+ wa Iseraele hore ba re ho yena: “Ben-hadade o re, 3 ‘Silevera ya hao le kgauta ya hao ke tsa ka ha mmoho le basadi ba hao ba batle ka ho fetisisa le bara ba hao.’” 4 Morena wa Iseraele a araba a re: “Morenaka, ke mohlanka wa hao mme dintho tsohle tseo ke nang le tsona ke tsa hao ho ya ka seo o se buileng.”+

5 Ha morao baromuwa ba kgutla mme ba re: “Ben-hadade o re, ‘Ke rometse molaetsa ho wena ka re: “O mphe silevera, kgauta, basadi le bara ba hao.” 6 Empa hosane ka nako ena ke tla romela bahlanka ba ka ho wena, ba tla batlisisa ka tlung ya hao le ka matlung a bahlanka ba hao mme ba tla nka dintho tsohle tsa hao tsa bohlokwa.’”

7 Morena wa Iseraele a bitsa baholo bohle ba naha mme a re: “Ke kopa le hlokomele hore monna enwa o ikemiseditse ho re bakela mathata ka ha o batlile basadi, bara, silevera le kgauta ya ka mme ha ke a hana.” 8 Baholo bohle le batho bohle ba re: “O se ke wa dumela ho etsa seo a reng o se etse.” 9 Akabe a re ho baromuwa ba Ben-hadade: “Ereng ho morenaka, ‘Dintho tsohle tseo o di batlileng ka lekgetlo la pele ke tla o fa tsona empa ntho ena yona nke ke ka e etsa.’” Baromuwa ba isa molaetsa.

10 Ben-hadade a romela molaetsa ho Akabe a re: “Ke tla fedisa Samaria ka masole a ka a mangata ho fihlela ho se na letho le setseng. E se eka medimo e ka mpha kotlo e boima haeba ke sa etse jwalo.” 11 Morena wa Iseraele a re: “Ereng ho yena, ‘O se ke wa ithorisa pele ntwa e qala jwalo ka ha eka o se o ntse o e hlotse.’”+ 12 Ben-hadade o ne a le ditenteng* a ntse a nwa le marena a mang. Ha a utlwa karabo ena a re ho bahlanka ba hae: “Itokisetseng ho hlasela!” Ba itokisetsa ho hlasela motse.

13 Empa moprofeta e mong a tla ho Morena Akabe+ wa Iseraele a re: “Jehova o re, ‘Na o bone sehlopha see se seholo sa masole? Kajeno ke tla o thusa hore o se hlole mme o tla tseba hore ke nna Jehova.’”+ 14 Akabe a re: “O tla sebedisa mang?” Moprofeta eo a re: “Jehova o re, ‘Ke tla sebedisa bahlanka ba dikgosana tsa diprofinse.’” Akabe a re: “Ke mang ya tla qala ntwa?” Moprofeta eo a re: “Ke wena!”

15 Akabe a bala bahlanka ba dikgosana tsa diprofinse, ba ne ba le 232. Ka mora moo, a bala banna bohle ba Baiseraele mme ba ne ba le 7 000. 16 Ba tswa motshehare ha Ben-hadade le marena a 32 a neng a mo thusa ba le ka ditenteng* ba ntse ba nwa mme ba tahilwe. 17 Ha bahlanka ba dikgosana tsa diprofinse ba tswile motseng, Ben-hadade a romela batho hore ba yo sheba hore na ho etsahalang. Ba re ho yena: “Ho na le banna ba tlileng ba tswang Samaria.” 18 A re: “Ba tshwareng ba phela, ebang ba tlile ho tla bopa kgotso kapa ho tla lwana.” 19 Empa ha bahlanka ba dikgosana tsa diprofinse le masole a neng a ba latela ba tswa motseng, 20 ba bolaya dira tsa bona. Basiria ba baleha+ yaba Baiseraele ba a ba lelekisa le Morena Ben-hadade wa Siria a baleha a palame pere le banna ba bang ba neng ba palame dipere. 21 Empa morena wa Iseraele a ya ntweng mme a nna a hlasela bapalami ba dipere le dikariki tsa ntwa. A bolaya* Basiria ba bangata.

22 Moprofeta+ a tla ho morena wa Iseraele mme a re ho yena: “Tsamaya o matlafatse masole a hao mme o nahane hore na o tla etsang+ hobane ha selemo se tlang se qala,* morena wa Siria o tlo o hlasela.”+

23 Bahlanka ba morena wa Siria ba re ho yena: “Modimo wa bona ke Modimo wa dithaba. Ke ka lebaka leo ba re hlotseng. Empa haeba re ba lwantshetsa sebakeng se se nang dithaba re tla ba hlola. 24 Hape o tlose marena ohle+ boemong ba ona mme o behe matona. 25 O bokelle masole a lekanang le a o lahlehetseng, dipere le dikariki tsa ntwa tse lekanang le tse o lahlehetseng. Ha re ba lwantshetsa sebakeng se se nang dithaba re tla ba hlola.” Morena wa Siria a mamela keletso ya bona mme a etsa feela jwalo.

26 Ha selemo se qala,* Ben-hadade a bokella Basiria mme ba nyolohela Afeke+ ho ya lwantsha Baiseraele. 27 Baiseraele le bona ba bokellwa mme ba fuwa dintho tseo ba di hlokang yaba ba a nyoloha ho ya kopana le bona. Ha Baiseraele ba hlomme ditente ka pela bona, ba ne ba le jwalo ka mehlape e mmedi e menyenyane ya dipodi, ha Basiria bona ba ne ba tletse naha yohle.+ 28 Mohlanka wa Modimo wa nnete a ya ho morena wa Iseraele a re ho yena: “Jehova o re, ‘Ka ha Basiria ba itse Jehova ke Modimo wa dithaba ha se Modimo wa dibaka tse se nang dithaba, ke tla o thusa hore o hlole sehlopha sena se seholo sa masole+ mme o tla tseba hore ke nna Jehova.’”+

29 Ba dula ditenteng ka matsatsi a supileng, ba bang ba le ka lehlakoreng lena ba bang ka ho lane yaba ka letsatsi la bosupa ba a lwantshana. Baiseraele ba bolaya masole a Basiria a 100 000 ka letsatsi le le leng. 30 Masole a mang a balehela motseng wa Afeke.+ Empa lerako la wela hodima a 27 000 a neng a setse. Ben-hadade le yena a balehela motseng mme a ipata ka kamoreng e ka harehare.

31 Bahlanka ba hae ba re ho yena: “Re utlwile hore marena a Iseraele a mohau.* Re kopa o re dumelle hore re itlame thekeng ka masela a hwashang* mme re fase diropo hloohong re ye ho morena wa Iseraele. Mohlomong a ka o hauhela mme a se ke a o bolaya.”+ 32 Ba itlama thekeng ka masela a hwashang mme ba fasa diropo hloohong ba ya ho morena wa Iseraele ba re: “Mohlanka wa hao Ben-hadade o re o kopa hore o se ke wa mo bolaya.” Morena a re: “O ntse a phela? Ke ngwaneso.” 33 Banna bao ba nka seo e le pontsho ya hore ho na le ntho e ntle e tlo etsahala yaba ba dumellana le seo a se buileng ba re: “Ben-hadade ke ngwaneno.” Morena a re: “Mo lateng.” Ben-hadade a ya ho Akabe mme Akabe a mo palamisa kariki ya hae ya ntwa.

34 Ben-hadade a re ho yena: “Ke tla kgutlisa metse eo ntate wa ka a e nkileng ho ntate wa hao, o iketsetse dibaka tsa kgwebo* Damaseka feela jwalo ka ha ntate wa ka a di entse Samaria.”

Akabe a re: “Ho ya ka tumellano* ena ke tla o dumella hore o tsamaye.”

Ka lebaka leo a re a tsamaye.

35 Ho latela taelo ya Jehova, e mong wa bara ba baprofeta*+ a re ho motswalle wa hae: “Ke kopa o nkotle.” Empa monna eo a hana. 36 A re ho monna eo: “Ka ha ha o a mamela taelo ya Jehova, ha o tloha mona tau e tla o bolaya.” Ha a qeta ho tloha ho yena tau ya mo fumana yaba e a mo bolaya.

37 A kopana le monna e mong mme a re: “Ke kopa o nkotle.” Monna eo a mo otla mme a mo lematsa.

38 Moprofeta eo a tsamaya mme a emela morena Akabe tseleng. O ne a ikwahetse mahlong ka lesela. 39 Ha morena a feta a mo hweletsa a re: “Nna mohlanka wa hao ke ne ke ile ntweng. Lesole le leng la tswa moleng wa ntwa mme la tlisa monna e mong ho nna la re, ‘Hlokomela monna enwa. Haeba a ka baleha, o tla bolawa bakeng sa hae+ kapa o patale silevera ya boima bo ka etsang dikhilokramo tse 34.’* 40 Ha ke ntse ke etsa dintho tse ding, monna eo o ile a baleha.” Morena wa Iseraele a re ho yena: “Kahlolo ya hao e tla ba yona eo. O se o ikahlotse.” 41 Ka potlako a tlosa lesela leo a neng a ikwahetse mahlong ka lona mme morena wa Iseraele a hlokomela hore ke e mong wa baprofeta.+ 42 Moprofeta eo a re ho yena: “Jehova o re, ‘Ka ha o tlohetse monna eo ke itseng o mo bolaye hore a balehe,+ o tla bolawa bakeng sa hae+ le batho ba hao ba tla bolawa bakeng sa batho ba hae.’”+ 43 Morena wa Iseraele a ya ha hae Samaria+ a utlwile bohloko a bile a nyahame.

21 Nabothe wa Mojezriele o ne a ena le serapa sa morara Jezriele+ pela ntlo ya Akabe morena wa Samaria. 2 Akabe a re ho Nabothe: “Mphe serapa sa hao sa morara e le hore ke leme meroho ho sona hobane se pela ntlo ya ka. Ke tla o fa serapa sa morara se setle ho se feta. Kapa haeba o batla o ka nthekisetsa sona.” 3 Empa Nabothe a re ho Akabe: “Ho hang nke ke ka o fa lefa la baholoholo ba ka hobane Jehova ha a dumelle seo.”+ 4 Akabe a kgutlela ha hae a utlwile bohloko a bile a nyahame ka lebaka la seo Nabothe wa Mojezriele a se buileng ha a re: “Nke ke ka o fa lefa la baholoholo ba ka.” Akabe a paqama betheng a shebile leboteng a bile a hana le ho ja.

5 Mosadi wa hae Jezebele+ a ya ho yena a re: “Ke hobaneng ha o utlwile bohloko hakaale ebile o sa batle le ho ja?” 6 Akabe a re ho yena: “Ke hobane ke itse Nabothe wa Mojezriele a nthekisetse serapa sa hae sa morara kapa haeba a batla ke mo fe serapa se seng sa morara empa o hanne.” 7 Mosadi wa hae Jezebele a re ho yena: “Na ha se wena ya busang Iseraele? Tsoha o je mme o thabe. Ke tla o fa serapa sa morara sa Nabothe wa Mojezriele.”+ 8 A ngola mangolo ka lebitso la Akabe, a a tempa ka setempe sa morena+ mme a a romela ho baholo+ le bahlomphehi ba neng ba dula motseng wa Nabothe. 9 O ile a ngola tjena mangolong ao: “Laelang hore setjhaba se itime dijo mme le behe Nabothe ka pela setjhaba sohle. 10 Le behe banna ba babedi ba se nang thuso ka pela hae mme ba pake kgahlanong le yena+ ba re, ‘O rohakile Modimo le morena!’+ ebe le mo ntshetsa ka ntle ho motse le mo tlepetsa ka majwe ho fihlela a shwa.”+

11 Banna ba motse, baholo le bahlomphehi ba neng ba dula motseng wa habo, ba etsa seo Jezebele a neng a se ngotse mangolong ao a a rometseng. 12 Ba laela hore ho itingwe dijo mme ba beha Nabothe ka pela setjhaba sohle. 13 Banna ba babedi ba se nang thuso ba tla ba dula ka pela hae mme ba fana ka bopaki ka pela setjhaba ba re: “Nabothe o rohakile Modimo le morena!”+ Ka mora moo, ba mo ntshetsa ka ntle ho motse mme ba mo tlepetsa ka majwe ho fihlela a shwa.+ 14 Ba romela molaetsa ho Jezebele ba re: “Nabothe o tlepeditswe ka majwe ho fihlela a shwa.”+

15 Ha Jezebele a utlwa hore Nabothe o shwele, a re ho Akabe: “Tsamaya o yo nka serapa sa morara sa Nabothe wa Mojezriele+ seo a hanneng ho o rekisetsa sona hobane o shwele.” 16 Ha Akabe a utlwa hore Nabothe o shwele, a ya serapeng sa hae sa morara mme a se nka.

17 Empa Jehova a re ho Elia+ wa Motishba: 18 “Tsamaya o yo kopana le Akabe morena wa Iseraele ya Samaria.+ Ke yane o serapeng sa Nabothe sa morara o ilo se nka. 19 O re ho yena, ‘Jehova o re: “Na o bolaile motho+ ebile o nkile serapa sa hae?”’+ Hape o re ho yena, ‘Jehova o re: “Dintja di tla nwa madi a hao sebakeng seo di nweleng madi a Nabothe ho sona.”’”+

20 Akabe a re ho Elia: “O mphumane sera sa ka!”+ Elia a re: “Ke o fumane. ‘Ka ha o ikemiseditse ho etsa dintho tse sa thabiseng Jehova,+ 21 ke o tlisetsa mathata. Ke tla o bolaya ke be ke bolaye le banna bohle* ba tswang lelapeng la hao,+ ho akarelletsa le motho ya se nang thuso le ya se nang matla Iseraele.+ 22 Ke tla etsa hore lelapa la hao le be jwalo ka lelapa la Jeroboame+ mora wa Nebate le lelapa la Basha+ mora wa Akija ka ha o nkgalefisitse mme o entse le hore Baiseraele ba etse sebe.’ 23 Hape Jehova o itse ka Jezebele: ‘Dintja di tla ja Jezebele tshimong ya Jezriele.+ 24 Mang kapa mang wa lelapa la Akabe ya shwellang motseng o tla jewa ke dintja mme mang kapa mang ya shwellang tshimong o tla jewa ke dinonyana.+ 25 Ha ho eso ka ho eba le motho ya ikemiseditseng ho etsa dintho tse sa thabiseng Jehova jwalo ka Akabe+ ya susumetswang ke mosadi wa hae Jezebele.+ 26 O entse ntho e nyonyehang ka ho fetisisa ka hore a rapele ditshwantsho tse nyonyehang* feela jwalo ka Baamore bohle bao Jehova a ileng a ba leleka ho Baiseraele.’”+

27 Ha Akabe a utlwa mantswe ana, a tabola diaparo tsa hae mme a apara lesela le hwashang.* O ne a itima dijo, a robala a apere lesela leo a bile a tsamaya a nyahame. 28 Jehova a re ho Elia wa Motishba: 29 “Na o bone hore Akabe o ikokobeditse ka lebaka la seo ke se buileng?+ Ka ha o ikokobeleditse nna, nke ke ka tlisa mathata lelapeng la hae ha a ntse a phela. Ke tla a tlisa ha ho busa mora wa hae.”+

22 Ho ile ha feta dilemo tse tharo ho se na ntwa pakeng tsa Siria le Iseraele. 2 Ka selemo sa boraro Morena Josafate+ wa Juda a ya ho morena wa Iseraele.+ 3 Morena wa Iseraele a re ho bahlanka ba hae: “Na le a tseba hore motse wa Ramothe-gileade+ ke wa rona? Empa re o tlohetse, ha re o nke ho morena wa Siria.” 4 A re ho Josafate: “Na o tla ya le nna ntweng motseng wa Ramothe-gileade?” Josafate a re ho morena wa Iseraele: “Ke tla ya le wena le setjhaba sa ka le dipere tsa ka.”+

5 Empa Josafate a re ho morena wa Iseraele: “Ke kopa o botse+ Jehova pele ka taba ena.”+ 6 Morena wa Iseraele a bokella baprofeta ba ka bang 400 mme a re ho bona: “Na ke yo lwantsha motse wa Ramothe-gileade kapa ke tlohele?” Ba re: “Tsamaya mme Jehova o tla o thusa hore o hlole.”

7 Josafate a re: “Na ho na le moprofeta e mong wa Jehova moo? Le yena a re mo botseng.”+ 8 Morena wa Iseraele a re ho Josafate: “Ho na le monna e mong eo re ka mo botsang hore na Jehova o reng ka taba ena.+ Empa ke mo hloile+ hobane ha ho na mohla a profetang dintho tse ntle ka nna, o dula a profeta tse mpe feela.+ Ke Mikaia mora wa Imla.” Josafate a re: “Morena ha a lokela ho bua ka tsela ena.”

9 Morena wa Iseraele a bitsa molaodi wa lekgotla a re: “Potlaka o tle le Mikaia mora wa Imla.”+ 10 Morena wa Iseraele o ne a dutse teroneng ya hae le Josafate morena wa Juda a dutse teroneng ya hae, ba apere diaparo tsa bona tsa borena. Ba ne ba dutse seotlong* keiting ya Samaria mme baprofeta bohle ba profeta ka pela bona.+ 11 Tsedekia mora wa Kenana a iketsetsa manaka a tshepe mme a re: “Jehova o re, ‘O tla hlaba* Basiria ka manaka ana ho fihlela o ba fedisitse.’” 12 Baprofeta ba bang bohle ba ne ba profeta ntho e tshwanang ba re: “Tsamaya o yo lwantsha Ramothe-gileade mme Jehova o tla o thusa hore o e hlole.”

13 Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mikaia a re ho yena: “Baprofeta bohle ba re morena o tla atleha. Le wena ke kopa o bue dintho tse ntle.”+ 14 Mikaia a re: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo ya phelang hore ke tla bua seo Jehova a tla mpolella sona.” 15 Ha Mikaia a fihla, morena a re ho yena: “Mikaia, re lwantshe Ramothe-gileade kapa re tlohele?” Mikaia a re: “Tsamaya o yo e lwantsha mme Jehova o tla o thusa hore o e hlole.” 16 Morena a re ho yena: “Ke tla etsa hore o hlapanye ka makgetlo a makae e le hore o bue nnete mme o bue feela seo Jehova a o boleletseng sona?” 17 Mikaia a re: “Ke bone Baiseraele bohle ba hasane dithabeng+ jwalo ka dinku tse se nang modisa. Jehova o itse: ‘Ha ba na morena. Ere e mong le e mong a kgutlele ntlong ya hae ka kgotso.’”

18 Morena wa Iseraele a re ho Josafate: “Na ha ke a o bolella hore a ke ke a profeta dintho tse ntle ka nna empa o tla profeta tse mpe feela?”+

19 Mikaia a re: “Utlwa lentswe la Jehova: Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae+ mme mangeloi* ohle a eme ka lehlakoreng la hae le letona le le letshehadi.+ 20 Jehova a re, ‘Ke mang ya tla thetsa Akabe e le hore a ka ya Ramothe-gileade mme a shwella teng?’ Lengeloi le leng le ne le re tjena mme le leng le re tjena. 21 Lengeloi+ le leng la tla ka pela Jehova la re, ‘Ke tla mo thetsa.’ Jehova a re ho lona, ‘O tla mo thetsa jwang?’ 22 La re, ‘Ke tla thetsa baprofeta ba hae e le hore ba tle ba bue leshano.’+ A re ho lona, ‘Tsamaya o yo mo thetsa hobane o tla atleha.’ 23 Jehova o entse hore baprofeta bohle ba hao ba bue leshano+ empa ha e le hantle Jehova yena o ikemiseditse ho o fa kotlo.”+

24 Tsedekia mora wa Kenana a atamela ho Mikaia mme a mo otla lerameng a re: “Lengeloi la Jehova le mphetile jwang mme la bua le wena?”+ 25 Mikaia a re: “O tla bona hore na le o fetile jwang mohla o yo ipata kamoreng e ka harehare.” 26 Morena wa Iseraele a re: “Isa Mikaia ho Amone letona la motse le ho Joashe mora wa morena. 27 O re ho bona, ‘Morena o re: “Kwallang monna enwa teronkong+ mme le fokotse metsi le dijo tseo a lokelang ho di fuwa ho fihlela ke kgutla ke ntse ke phela.”’” 28 Empa Mikaia a re: “Haeba o ka kgutla o ntse o phela, e tla ba Jehova ha a bua le nna.”+ A boela a re: “Lona setjhaba, le hopole mantswe ana.”

29 Morena wa Iseraele le Josafate morena wa Juda ba ya Ramothe-gileade.+ 30 Morena wa Iseraele a re ho Josafate: “Ke tla apara diaparo tse ding feela mme ke kene ntweng empa wena o apare diaparo tsa hao tsa borena.” Morena wa Iseraele a apara diaparo tse ding+ feela a kena ntweng. 31 Morena wa Siria a re ho balaodi ba 32 ba dikariki tsa hae tsa ntwa:+ “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, le lwantshe morena wa Iseraele feela.” 32 Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Josafate ba re: “Enwa ke yena morena wa Iseraele.” Ba ya ho yena mme ba mo lwantsha yaba Josafate o a hweletsa o kopa thuso. 33 Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona hore ha se morena wa Iseraele, hanghang ba kgutla.

34 Monna e mong a betsa motsu wa seqha sa hae, ha etsahala* hore motsu oo o kene seaparong sa tshepe sa morena wa Iseraele yaba o a mo hlaba. Morena a re ho mokganni wa kariki ya hae ya ntwa: “Ke kopa o ntlose ntweng* hobane ke lemetse haholo.”+ 35 Ntwa ya tswela pele letsatsi lohle mme morena a tlameha ho ema a tsheheditswe kariking ya hae ya ntwa a shebile Basiria. Madi a tswang leqebeng a tswela ka hara kariki ya hae ya ntwa yaba mantsiboya o a shwa.+ 36 Ha letsatsi le dikela ha eba le motho ya fanang ka taelo e reng: “E mong le e mong a kgutlele motseng wa habo! E mong le e mong a kgutlele naheng ya habo!”+ 37 Morena a shwa mme ba mo isa Samaria yaba ba mo patela teng. 38 Ha ba hlatswa kariki ya ntwa letamong la Samaria, dintja tsa nwa madi a hae mme matekatse a ne a ntse a hlapela moo,* ho latela seo Jehova a neng a se buile.+

39 Histori yohle ya Akabe, dintho tseo a di entseng, ntlo* ya manaka a ditlou+ eo a e hahileng le metse eo a e hahileng di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 40 Akabe a shwa*+ mme mora wa hae Akazia+ ya eba morena.

41 Josafate+ mora wa Asa e bile morena wa Juda ha Akabe morena wa Iseraele a ena le dilemo tse nne a busa. 42 Josafate o ne a le dilemo di 35 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 25. Lebitso la mme wa hae e ne e le Azuba moradi wa Shilhi. 43 A nna a etsa dintho jwalo ka ntate wa hae Asa+ mme a thabisa Jehova.+ Empa dibaka tse phahameng ha di a ka tsa tloswa. Batho ba ne ba ntse ba etsa dinyehelo le mahlabelo a kubellang mosi ho tsona.+ 44 Josafate a etsa hore ho dule ho ena le kgotso pakeng tsa hae le morena wa Iseraele.+ 45 Histori yohle ya Josafate, diketso tsa hae tse matla le ka moo a lwanneng ka teng, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda. 46 O ile a boela a tlosa matekatse a banna*+ a neng a setse naheng ha ho ne ho busa ntate wa hae Asa.+

47 Ho ne ho se na morena Edomo+ mme letona e ne e le lona le busang.+

48 Josafate o ile a boela a romela dikepe tsa Tarshishe* Ofire ho ya lata kgauta+ empa ha di a ka tsa ya hobane di ile tsa robeha Ezione-gebere.+ 49 Akazia mora wa Akabe a re ho Josafate: “Ere bahlanka ba ka ba tsamaye le bahlanka ba hao ka dikepe” empa Josafate a hana.

50 Josafate a shwa* mme a patelwa Motseng wa Davida moholoholo wa hae.+ Mora wa hae Jorame+ ya eba morena.

51 Ha Morena Josafate a ena le dilemo tse 17 a busa Juda, Akazia+ mora wa Akabe ya eba morena wa Iseraele e Samaria mme a busa Iseraele ka dilemo tse pedi. 52 Akazia a nna a fosetsa Jehova ka hore a etse dintho tse mpe jwalo ka batswadi ba hae+ le jwalo ka Jeroboame mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba etse sebe.+ 53 A sebeletsa Baale+ le ho mo rapela mme a nna a fosetsa Jehova Modimo wa Iseraele+ feela jwalo ka ntate wa hae.

Kapa: “utlwisa bohloko.”

A thetsitse fatshe ka hlooho.

Ka Seheberu: “o patwa jwalo ka baholoholo ba hao.”

Kapa: “mmoulo o motshehadi.”

Kapa: “wa bohlokwa.”

Ka Seheberu: “ha ho moriri le ha o le mong o tla wela fatshe.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ho ke ke ha tloswa monna ho wena.”

Ka Seheberu: “meqathatso.”

Ka Seheberu: “o se ke wa dumella moriri wa hae o moputswa hore o theohele Sheole ka kgotso.” Sheba Tlhaloso ya Sheole.

Kapa: “O be le lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “O theolele moriri wa hae o moputswa Sheole ka madi.” Sheba Tlhaloso ya Sheole.

Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”

Kapa: “phaleisi.”

Kapa: “ditloholo.”

Kapa: “ditloholo.”

Kapa: “o mo rata ka lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “moshanyana.”

Ka Seheberu: “ha ke tsebe ho tswa le ho kena.”

Kapa mohlomong: “thata.” Ka Seheberu: “boima.”

Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”

Ka Seheberu: “ka matsatsi ohle a hao.”

Ka Seheberu: “lelefatsa matsatsi a hao.”

Ka Seheberu: “tshaba.”

Kapa: “dikgosana tsa hae.”

E leng ya Eufrate.

Kapa: “dimpho.”

Ka Seheberu: “dikore tse 30.” Kore e lekana le dilithara tse 220. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dikore tse 60.”

Ke mofuta wa nonyana.

E leng ka bophirima ho Eufrate.

Kapa: “feiga.”

Sebaka seo dipere di robalang ho sona.

Palo ena e teng le dibukeng tse ding tsa kgale tse ngotsweng ka letsoho le ditemaneng tse ding tse tshwanang le ena. Dibuka tse ding tsa kgale tse ngotsweng ka letsoho di re ke 40 000.

Kapa: “bapalami ba dipere ba.”

Kapa: “a bua.”

Kapa: “dibopuwa tse fofang.”

Mohlomong di akarelletsa dihahabi le dikokwanyana.

Kapa: “esale a rata Davida.”

Ka Seheberu: “ho fihlela Jehova a ba beha tlasa bohato ba maoto a hae.”

Ka Seheberu: “dikore tse 20 000.” Kore e lekana le dilithara tse 220. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dikore tse 20.”

Ka Seheberu: “tsa oli e tutsweng.”

Kapa: “ba tlwaelehileng.”

Sheba Ntlha ya B15.

Sheba Ntlha ya B8.

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 60.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 30.”

Ka Seheberu: “tempele ya ntlo.”

Kapa: “bophara.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”

Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”

Ka Seheberu: “tempele.”

Ka Seheberu: “kamore e ka harehare.”

Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.”

Ka Seheberu: “ditswe tse tsheletseng.”

Ka Seheberu: “ditswe tse supileng.”

Ka Seheberu: “le letona.”

Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”

E leng ka hara ntlo.

E leng Sehalalelo se neng se le ka pela Sehalaledisiso.

Ka Seheberu: “ditswe tse 40.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”

Ka Seheberu: “sefate sa oli,” mohlomong phaena ya Alepo.

Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”

Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.”

Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”

Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”

Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”

E leng Sehalaledisiso.

Mohlomong ho buuwa ka ho etsa kosene ya lemati kapa boholo ba lemati.

Mona ho buuwa ka Sehalalelo.

Mohlomong ho buuwa ka ho etsa kosene ya lemati kapa boholo ba lemati.

Sheba Ntlha ya B15.

Sheba Ntlha ya B15.

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 100.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 30.”

Kapa: “Foranta.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 30.”

Kapa: “Foranta.”

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “ntlo ya Holo.”

Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”

Ka Seheberu: “ditswe tse robedi.”

Kapa: “bronse,” temaneng ena le ditemaneng tse latelang kgaolong ena.

Ka Seheberu: “ditswe tse 18.”

Kapa: “e nngwe le e nngwe ya dipilara tseo tse pedi ho e potoloha e ne e le ditswe tse 12.”

Ka Seheberu: “ditswe 12.”

Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.”

Ka Seheberu: “ditswe tse nne.”

Mona ho buuwa ka Sehalalelo.

Kapa: “ka borwa.”

E bolelang “E se Eka [Jehova] a ka Tiisa ka Thata.”

Kapa: “ka leboya.”

Mohlomong le bolela “Ka Matla.”

Ka Seheberu: “Lewatle.” Kapa: “Letsha.”

Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”

Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 30.”

Ka Seheberu: “Lewatle.” Kapa: “Letsha.”

Ka Seheberu: “setsweng se seng le se seng.”

Ka Seheberu: “Lewatle.” Kapa: “Letsha.”

Ka Seheberu: “bophara ba seatla.” Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “palesa.”

Ka Seheberu: “dibate tse 2 000.” Bate e lekana le dilithara tse 22. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “diteroli tsa metsi.”

Ka Seheberu: “ditswe tse nne.”

Ka Seheberu: “ditswe tse nne.”

Ka Seheberu: “ditswe tse tharo.”

Ka Seheberu: “setswe se le seng.”

Ka Seheberu: “setswe le halofo.”

Ka Seheberu: “setswe le halofo.”

Ke tshepe e bohareng ba lebidi e tshwarang disepouku.

Kapa: “di ne di kopane le.”

Ka Seheberu: “halofo ya setswe.”

Ka Seheberu: “dibate tse 40.”

Ka Seheberu: “ditswe tse nne.”

Ka Seheberu: “Lewatle.”

Ka Seheberu: “Lewatle.”

Kapa: “matlao.” Sheba Tlhaloso.

E leng Mokete wa Maphephe.

Sheba Ntlha ya B15.

Ka Seheberu: “mora wa hao ya tswang lethekeng la hao.”

Kapa: “o na le lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

E leng kano eo ditlamorao tsa yona e leng thohako haeba motho a hlapantse ka leshano kapa a sa e phethahatsa.

Ka Seheberu: “o kgopo.”

Ka Seheberu: “o lokile.”

Kapa: “o se file kotlo.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “marutle.”

Ka Seheberu: “naheng ya dikeiti tsa hae.”

Kapa: “botumo.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “sebopi.”

Kapa: “sebaka seo se tla dula ho sona ka kgotso.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “moo ho kenwang teng Hamathe.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “letsatsing la borobedi” e leng letsatsi ka mora beke ya bobedi.

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “makallwa e be maele.”

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “e ne e sa loka mahlong a hae.”

Kapa mohlomong: “Naha e se Nang Molemo.”

Ka Seheberu: “ditalenta tse 120.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “phaleisi.”

Kapa: “Milo.” Lentswe la Seheberu le bolelang “ho tlatsa.”

Kapa: “mpho ya lenyalo.”

Kapa: “mosebetsi o qobellwang.”

Kapa: “Milo.” Lentswe la Seheberu le bolelang “ho tlatsa.”

Ka Seheberu: “ditalenta tse 420.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “leka ka.”

Kapa: “ka dilotho.”

Ka Seheberu: “ditalenta tse 120.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “ditalenta tse 666.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dishekele tse 600 tsa kgauta.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Hangata di ne di tshwarwa ke batho ba betsang metsu.

Ka Seheberu: “dimina tse tharo.” Mina Mangolong a Seheberu e lekana le dikramo tse 570. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa mohlomong: “di ne di tswa Egepeta le Kue. Borakgwebo ba morena ba ne ba di reka Kue,” mohlomong ho buuwa ka Silisia.

Kapa: “Le se ke la nyallana le bona.”

Ka Seheberu: “susumetsa dipelo.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “hlotha.”

Ka Seheberu: “hlotha.”

Ka Seheberu: “fedisitse.”

Eseng mofumahadi ya busang.

Kapa mohlomong: “kgwesetsa” e leng ha ngwana a tlohediswa ho nyanya.

Ka Seheberu: “ba patilwe jwalo ka baholoholo ba bona.”

Ka Seheberu: “bolaya.”

Ka Seheberu: “phahamisa letsoho la hae.”

Kapa: “Milo.” Lentswe la Seheberu le bolelang “ho tlatsa.”

Ka Seheberu: “lebone.”

Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”

Kapa: “le baholo.”

Ka Seheberu: “monwana wa hao o monyenyane o tla ba motenya ho feta letheka la ntate wa hao.”

Ka Seheberu: “ditenteng.”

Ka Seheberu: “a kgethilweng.”

Kapa: “tiisa.”

Kapa: “dipelo tsa sona di.”

Kapa: “pontsho.”

Kapa: “molora o mafura” e leng molora o tshetsweng ke mafura a mahlabelo.

Kapa: “la holofala.”

Kapa: “pontsho.”

Kapa: “nolofatse sefahleho sa.”

Ka Seheberu: “ya neng a mo kgutlisitse tseleng.”

Ka Seheberu: “tlatsa letsoho la.”

Kapa: “O mo bolelle ntho ena le ntho yane.”

Kapa: “diemahale tse entsweng ka ho qhibidihiswa.”

Ka Seheberu: “mang kapa mang ya ntshetsang metsi lerakong.” Ona ke mokgabopuo wa Seheberu o sebediswang ho nyatsa banna.

E leng ya Eufrate.

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “o patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “dimathi.”

Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”

O ne a boetse a bitswa Abija.

Ka Seheberu: “Abishalome.”

Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”

Ka Seheberu: “Abishalome.”

Ka Seheberu: “matekatse a banna a tempele.”

Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “haha botjha.”

Kapa: “phaleisi.”

Kapa: “haha botjha.”

Kapa: “haha botjha.”

Kapa: “haha botjha.”

Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”

Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”

Ka Seheberu: “mang kapa mang ya ntshetsang metsi lerakong.” Ona ke mokgabopuo wa Seheberu o sebediswang ho nyatsa banna.

Kapa: “bapheteletsi ba hae ba madi.”

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “ditalenta tse pedi.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.

E bolelang “Ya Ikarabellang Lelokong la Shemere.”

Ka Seheberu: “morena.”

Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”

Kapa: “tempeleng.”

Sheba Tlhaloso.

E bolelang “Modimo wa ka ke Jehova.”

Ka Seheberu: “eo ke emeng ka pela hae.”

Ka Seheberu: “fedisa.”

Kapa: “diphuleng.”

A thetsitse fatshe ka hlooho.

Ka Seheberu: “eo ke emeng ka pela hae.”

Kapa: “ya tlisang kgathatso.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “pakeng tsa maikutlo a mabedi.”

Kapa mohlomong: “o nkile leeto.”

Kapa: “ba itshwere jwalo ka baprofeta.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ditekanyo tsa seah tse pedi.” Seah e le nngwe e lekana le dilithara tse 7,33. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “kgohlong.” Sheba Tlhaloso.

E bolelang “Modimo ke Poloko.”

Kapa: “maphepheng.”

Kapa: “maphepheng.”

Kapa: “hlola.”

E leng nako ya selemo e latelang.

E leng nako ya selemo.

Kapa: “ke marena a lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ikabele diterata.”

Kapa: “selekane.”

E ka nna yaba polelo “bara ba baprofeta” e bolela sekolo sa baprofeta kapa mokgatlo wa baprofeta.

Ka Seheberu: “talenta e le nngwe.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “mang kapa mang ya ntshetsang metsi lerakong.” Ona ke mokgabopuo wa Seheberu o sebediswang ho nyatsa banna.

Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.

Sheba Tlhaloso.

Moo ho polelwang le ho olosetswa teng.

Kapa: “sututsa.”

Ka Seheberu: “lebotho la mahodimo.”

Kapa: “a sa rera.”

Ka Seheberu: “diahelong.”

Kapa mohlomong: “moo matekatse a neng a itlhatswetsa teng, dintja di ile tsa nwa madi a hae.”

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”

Ka Seheberu: “matekatse a banna a tempele.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela