Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso
© 2024 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 6-12 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 36-37
“O se ke wa Halefa ka Lebaka la Batho ba Kgopo”
Mmuso wa Modimo o Tla Fedisang ha o Tla?
4 Batho ba kgopo ba re ama jwang? Ka mora ho bolela esale pele hore mehleng ena ho tla ba le “dinako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” moapostola Pauluse o ile a budulelwa ho ngola mantswe ana: “Batho ba kgopo le baikgakanyi ba tla tswela pele ho tloha bobeng ho ya bobeng bo fetisisang.” (2 Tim. 3:1-5, 13) Na o bona boprofeta bona bo phethahala? Boholo ba rona re kile ra anngwa ke diketso tsa batho ba kgopo, ba re hlorisang, ba re tshwarang ka lehloyo, le ditsotsi. Ba bang ha ba pate bokgopo boo ba bo etsang, ha ba bang bona ba etsa eka ke batho ba molemo empa ba le kgopo. Le haeba diketso tsa bokgopo ha di so re ame ka ho toba empa ka tsela e itseng di ntse di re ama. Diketso tse mpe tseo ba di etsang di re ama maikutlo. Tsela eo batho ba kgopo ba sotlang bana, batho ba hodileng, le batho ba sa kgoneng ho itshireletsa ka yona e etsa hore re dule re tshohile haholo. Batho ba kgopo ba itshwara jwalo ka diphoofolo tse hlaha mme ba etsa diketso tsa bodemona. (Jak. 3:15) Ho thabisang ke hore Lentswe la Jehova le re fa tshepo ya hore maemo ana a tla loka.
Jehova o Hlohonolofatsa Batho ba Tshwarelang
10 Re ikutlwisa bohloko ha re dula re halefile. Jehova o batla hore re be le kgotso mme re se ke ra imelwa ke ho dula re halefile. (Bala Baefese 4:31, 32.) O re re ‘tlohele bohale mme re lese kgalefo.’ (Pes. 37:8) Ho mamela keletso eo ho tla re thusa. Ha re dula re halefetse motho ya re utlwisitseng bohloko, seo se ka re kudisa mmeleng le kelellong. (Diprov. 14:30) Ke rona ba tla utlwa bohloko haeba re dula re halefetse motho e mong feela jwalo ka ha ho nwa tjhefo ho ka kudisa rona eseng motho e mong. Ka hoo, re itswela molemo ha re tshwarela batho ba bang. (Diprov. 11:17) Re ba le kgotso ebile re kgona ho tswela pele re ntse re sebeletsa Jehova.
w03 12/1 13 ¶20
“Ithabele ka ho Phethehileng ho Jehova”
20 Ka nako eo, “ba bonolo ba tla rua lefatshe.” (Pesaleme ya 37:11a) Empa ke bomang baa “ba bonolo”? Lentswe le fetoletsweng e le “bonolo” le hlaha motsong wa lentswe le bolelang “ho utlwisa bohloko, ho kokobetsa, ho nyenyefatsa.” E, batho “ba bonolo” ke bao ka boikokobetso ba letetseng Jehova hore a tlo lokisa ho hloka toka hohle hoo ba utlwiswang bohloko ka hona. “Ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng kgotsong e ngata.” (Pesaleme ya 37:11b) Esita le hona jwale re fumana kgotso e ngata paradeiseng ya moya e tsamaisanang le phutheho ya nnete ya Bokreste.
Matlotlo a Patilweng
it-2 E 445
Dithaba
Di tsitsitse, di dula di le teng kapa di phahame. Dintho tse tsitsitseng le tse dulang di le teng di tshwantshwa le dithaba. (Esa 54:10; Hab 3:6; bapisa le Ps 46:2.) Ka hoo, ha mopesaleme a tshwantsha toka ya Jehova le “dithaba tsa Modimo” (Ps 36:6) e ka nna yaba o ne a bolela hore toka ya Jehova ha e fetohe. Ka ha dithaba di phahame, sena se ka bolela hore toka ya Modimo e phahametse ya batho. (Bapisa le Esa 55:8, 9.) Ha ho buuwa ka ho qhalwa ha bohale ba Modimo bo ka sekotlolong sa bosupa, Tshenolo 16:20 e re: “Dithaba tsa nyamela.” Sena se bolela hore esita le dintho tse phahameng jwalo ka dithaba, di ke ke tsa pholoha bohale ba Modimo.—Bapisa le Jer 4:23-26.
LA 13-19 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 38–39
Kgaotsa ho Ikutlwa o le Molato ka Tsela e Feteletseng
Nahana ka Bokamoso
12 Bala 1 Johanne 3:19, 20. Kaofela ha rona re na le ho ikutlwa re le molato. Ka mohlala, ba bang ba ikutlwa ba le molato ka lebaka la dintho tseo ba di entseng pele ba ithuta Bibele. Ba bang ba ikutlwa ba le molato ka lebaka la diphoso tseo ba ileng ba di etsa ka mora hore ba kolobetswe. Ho tlwaelehile hore motho a ikutlwe jwalo. (Bar. 3:23) Ke nnete hore re batla ho etsa se nepahetseng. Le ha ho le jwalo, “kaofela re kgoptjwa hangata.” (Jak. 3:2; Bar. 7:21-23) Le hoja re sa thabele ho ikutlwa re le molato, seo se ka nna sa ba molemo. Hobaneng? Hobane ho ikutlwa re le molato ho tla etsa hore re fetole tsela eo re neng re etsa dintho ka yona pele mme re ikemisetse hore re se ke ra hlola re pheta diphoso tseo.—Baheb. 12:12, 13.
13 Re ntse re ka ikutlwa re le molato le ha re baketse diphoso tsa rona mme Jehova a re tshwaretse. Ho ikutlwa jwalo ho ka ba kotsi. (Pes. 31:10; 38:3, 4) Hobaneng? Nahana ka moradiwabo rona ya neng a dula a ikutlwa a le molato ka lebaka la diphoso tseo a di entseng nakong e fetileng. O re: “Ke bona ho se na thuso ho sebeletsa Jehova hobane ke a tseba hore nke ke ka fumana bophelo bo sa feleng.” Kaofela ha rona re ka nna ra ikutlwa ka tsela e tshwanang. Ka hoo, re lokela ho hlokomela hore re se ke ra dula re ikutlwa re le molato. Hobaneng? Hobane Satane o tla thaba haeba re tlohela ho sebeletsa Jehova le hoja Jehova a se a re tshwaretse.—Bapisa le 2 Bakorinthe 2:5-7, 11.
w02 11/15 20 ¶1-2
Re ka Etsa Jwang Hore Matsatsi a Rona a Amohelehe ho Jehova?
HO BONAHALA re phela matsatsi a seng makae feela mme a feta ka potlako. Mopesaleme Davida o ile a nahana ka moo bophelo bo leng bokgutshwanyane ka teng mme a susumelletseha hore a rapele a re: “Jehova, o etse hore ke tsebe bofelo ba ka, le tekanyo ya matsatsi a ka—hore na ke eng, e le hore nka tseba ka moo ke phelang nako e kgutshwanyane ka teng. Bona! O entse hore matsatsi a ka e be a seng makae feela; nako ya bophelo ba ka e jwalo ka lefeela ka pela hao.” Davida o ne a rata ho phela ka tsela e kgahlisang Modimo, ka dipolelo tsa hae le ka diketso tsa hae. Ha a bolela hore o tshepile Modimo, o ile a re: “Tebello ya ka e ho wena.” (Pesaleme ya 39:4, 5, 7) Jehova o ile a mo mamela. O ile a fela a sekaseka diketso tsa Davida mme a mo putsa ka tshwanelo.
Ho bonolo hore motho a tshwarehe letshehare lohle le hore a phathahane bophelong bo potlakileng le bo dinthwananthwana. Sena se ka nna sa re tshwenya, haholo hobane re ena le dintho tse ngata tseo re tlamehang ho di etsa empa re ena le nako e fokolang. Na jwalo ka Davida re tshwenyehile ka hore re phele ka sepheo sa ho amoheleha ho Modimo? Ha ho pelaelo hore Jehova o bona e mong le e mong wa rona mme o hlahloba e mong le e mong wa rona ka hloko. Dilemong tse fetileng tse ka bang 3 600, monna ya bitswang Jobo ya neng a tshaba Modimo, o ile a dumela hore Jehova o bona ditsela tsa hae le hore o hlahloba diketso tsa hae kaofela. Jobo o ile a ipotsa a re: “Ha a batla boikarabello, ke tla mo araba ke reng?” (Jobo 31:4-6, 14) Re ka etsa hore matsatsi a rona e be a bohlokwa ho Modimo ka ho etelletsa pele dintho tsa moya, ka ho mamela ditaelo tsa hae le ka ho sebedisa nako ka bohlale. A re ke re hlahlobeng dintho tsena ka hloko.
Lokisa Setswalle sa Hao le Jehova
Dula o rapela. Ntate wa hao Jehova o a tseba hore ho ke ke ha eba bonolo ho mo rapela haeba o ntse o ikutlwa o le molato ka ntho e mpe eo o ileng wa e etsa. (Bar. 8:26) Ho ntse ho le jwalo, ‘phehella thapelong’ o bolelle Jehova hore o batla ho ba motswalle wa hae. (Bar. 12:12) Ha morabo rona Andrej a hopola ka moo a neng a ikutlwa ka teng, o re: “Letswalo la ka le ne le ntshetshetha ebile ke ne ke swabile. Empa ka mehla ka mora hore ke rapele, ke ne ke utlwa ho re kokololo mme ke eba le kgotso ya kelello.” Haeba o sa tsebe hore na o ka reng ha o rapela, o ka thuswa ke ho bala dithapelo tsa Morena Davida ya ileng a baka, tse tlalehilweng ho Pesaleme ya 51 le ya 65.
Matlotlo a Patilweng
Bontsha Hore o a Tshepahala
16 Ho ba le boitshwaro ho bohlokwa e le hore batho ba re tshepe. Tshobotsi ena e re thusa ho thola haeba ho ena le ntho e re kgannelang hore re ntshe taba ya lekunutu. (Bala Diproverbia 10:19.) Ha re sebedisa metjha ya puisano re ka nna ra sitwa ho ba le boitshwaro. Haeba re se hlokolosi, re ka iphumana re buile ditaba tseo re sa lokelang ho di bua bathong ba bangata. Jwale ha re hasa ditaba ka marangrang, re ke ke ra kgona ho laola tsela eo di tla sebediswa ka yona hape re ke ke ra tseba hore na di tla baka tshenyo e kae. Ho ba le boitshwaro ho tla re thusa hore re thole haeba bahanyetsi ba rona ba leka ho re qhekella ka hore re bue dintho tse ka behang bara le baradi ba bo rona kotsing. Sena se ka etsahala haeba mapolesa a re botsa dipotso naheng eo mosebetsi wa rona o thibetsweng. Maemong ana le a mang re ka sebedisa molaomotheo o buang ka ho “beha ntho e tlamang molomo e le molebedi molomong.” (Pes. 39:1) Hore na re sebetsana le lelapa, metswalle, bara le baradi ba bo rona kapa motho le ha e le ofe, re lokela ho tshepahala. Re lokela ho ba le boitshwaro e le hore re tshepahale.
LA 20-26 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 40–41
Ke Hobaneng ha re Lokela ho Thusa Batho ba Bang?
Batho ba Fanang ka Seatla se Bulehileng ke Bona ba Thabileng
16 Batho ba hlileng ba leng seatla se bulehileng ha ba fane ba lebelletse ho buseletswa ho itseng. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a re: “Ha o lokisetsa mokete, o meme mafutsana, ba hlotsang, ba holofetseng, ba foufetseng; mme o tla thaba, hobane ha ba na letho leo ba ka o buseletsang ka lona.” (Luka 14:13, 14) Esita le mongodi e mong wa pesaleme o kile a re: “Ya leihlo le mosa o tla hlohonolofatswa.” Athe e mong yena o ile a re: “Ho thaba mang kapa mang ya nahanelang motho ya tlase.” (Diprov. 22:9; Pes. 41:1) Ka hoo, ho hlakile hore re tla thaba haeba re thusa ba bang.
17 Ha Pauluse a qotsa mantswe a Jesu a reng: ‘Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela,’ o ne a sa bue feela ka ho fana ka dintho tse tshwarehang. Empa o ne a boetse a bua ka ho fana ka kgothatso, tataiso le ho fana ka thuso e itseng. (Dik. 20:31-35) Ka mantswe a mang, Pauluse o ne a re ruta hore re iphe nako ya ho ba le batho ba bang.
18 Bafuputsi ba bang ba ithutileng tsela eo batho ba etsang dintho ka yona, ba hlokometse hore ke nnete hore batho ba fanang ba a thaba. Patlisiso e nngwe e re: “Batho ba tsoha molota ka mora hore ba etse ketsonyana e itseng e molemo bakeng sa batho ba bang.” Bafuputsi ba boetse ba re re tla thabela bophelo haeba re thusa batho ba bang. Ke ka hoo ditsebi di kgothalletsang batho hore ba ithaopele ho etsa ditshebeletso tsa setjhaba e le hore ba thabe bophelong. Le ha ho le jwalo, rona ha re makatswe ke diphuputso tsena, hobane haesale Jehova a re bolella hore ho fana ho tlisa thabo.—2 Tim. 3:16, 17.
w15 12/15 24 ¶7
Jehova o Tla o Tshehetsa
7 Empa haeba o a kula, Jehova o tla o tshehetsa, jwalo ka ha a ile a tshehetsa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng. Morena Davida o ile a ngola, a re: “Ho thaba mang kapa mang ya nahanelang motho ya tlase; Jehova o tla mo pholosa letsatsing la tlokotsi. Jehova o tla mo lebela mme a mo boloke a phela.” (Pes. 41:1, 2) Davida o ne a sa bolele hore motho ya lokileng ya neng a nahanela ba tlase ka nako eo, a ke ke a shwa. Jwale Jehova o ne a tla thusa motho eo ya lokileng jwang? Davida o ile a re: “Jehova o tla mo tshehetsa hodima setulo sa hae se kang moalo sa ho kula; ka sebele o tla fetola diphate tsohle tsa hae nakong ya bolwetse ba hae.” (Pes. 41:3) Jehova o tseba hantle hore na keng se tshwenyang bahlanka ba hae mme ha a ba lebale. O ba fa sebete le bohlale. Jehova o boetse o bopile motho ka tsela eo ka yona mmele wa hae o ka kgonang ho iphodisa.
Etsisa Qenehelo ya Jehova
17 Ha o a lokela ho batla ho ba le qenehelo hobane feela o tseba hore e tla o tswela molemo. Lebaka la rona le ka sehloohong e lokela ho ba ho etsisa Jehova Modimo ya lerato le ya nang le qenehelo. (Diprov. 14:31) Modimo o re behela mohlala o motle. Ka hoo e se eka re ka etsa sohle seo re ka se kgonang ho mo etsisa ka ho bontsha barababo rona lerato le ho sebedisana hantle le baahelane ba rona ka ho ba bontsha qenehelo.—Bagal. 6:10; 1 Joh. 4:16.
Matlotlo a Patilweng
it-2 E 16
Jehova
Tlaleho yohle ya Bibele e bua ka ho tlotliswa ha bobusi ba Jehova mme sena se hlakisa morero wa hae wa qalong e leng ho halaletswa ha lebitso la hae. Ho halaletswa hona ho bolela hore dithohako tsohle tse entsweng mabapi le lebitso la Jehova di a tloswa. Ka hodimo ho tsohle, lebitso lena le lokela ho hlomphuwa ke dibopuwa tsohle lehodimong le lefatsheng hobane le a halalela. Dibopuwa tsena di a tseba hore Jehova o Matla Ohle ebile di a mo hlompha. Ka lebaka leo, di mo sebeletsa di sa qobellwe ebile di thabela ho etsa thato ya hae hobane di a mo rata. Boikutlo bona le se bolelwang ke ho halaletswa ha lebitso la Jehova di bonahala hantle thapelong ya Davida e hlahang ho Pesaleme ya 40:5-10. (Bona ka moo moapostola a sebedisitseng dikarolo tsena tsa Pesaleme ha a bua ka Jesu Kreste ho Heb 10:5-10.)
MAY 27–JUNE 2
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 42–44
Sebedisa Dintho Tseo Jehova a re Rutang Tsona
w06 6/1 9 ¶4
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Bobedi ya Dipesaleme
42:4, 5, 11; 43:3-5. Haeba ka lebaka le itseng le ke keng la qojwa, re sa kgone ho kopanela le phutheho ya Bokreste ka nakwana, ho hopola thabo eo re bileng le yona nakong e fetileng ha re ne re ena le badumedimmoho le rona ho ka re matlafatsa. Le hoja qalong sena se ka totisa bohloko ba ho jewa ke bodutu, se tla boetse se re hopotsa hore Modimo ke setshabelo sa rona mme re lokela ho mo letela hore a re thuse.
w12 1/15 15 ¶2
Re ka Etsang Hore re Thabele Nako ya ho Ithuta le Hore e re Tswele Molemo?
1 RAPELA: Bohato ba pele boo o ka bo nkang ke hore o rapele. (Pes. 42:8) Hobaneng? Re lokela ho nka ho ithuta Lentswe la Modimo e le karolo ya borapedi ba rona. Ka hoo, re lokela ho kopa Jehova hore a bule dikelello le dipelo tsa rona hore di amohele ka botlalo seo re ithutang sona. (Luka 11:13) Barbara eo e leng kgale e le moromuwa o re: “Ka mehla ke a rapela pele ke bala Bibele kapa ke ithuta yona. Ka mora moo, ke utlwa ke kgodisehile hore Jehova o na le nna le hore o ananela seo ke se etsang.” Ho rapela pele re ithuta ho etsa hore dikelello le dipelo tsa rona di amohele ka botlalo dijo tse ngata tsa moya tseo re di fuwang.
w16.09 5 ¶11-12
‘Matsoho a Hao a se ke a Tepella’
11 Re boetse re matlafatswa ke thuto ya bomodimo eo re e fumanang dibokeng, dikopanong le dikolong tsa puso ya Modimo. Kwetliso eo e ka re thusa hore re be le boikutlo bo loketseng, re ipehele dipakane tsa tshebeletso le ho phetha boikarabelo ba rona ba Bokreste. (Pes. 119:32) Na o leka ho fumana kwetliso eo, e le hore o imatlafatse?
12 Jehova o ile a thusa Baiseraele hore ba hlole Baamaleke le Baethiopia, mme a fa Nehemia le bo mphato ba hae matla e le hore ba qete mosebetsi wa ho tsosolosa marako. Le rona Modimo o tla re fa matla e le hore re tswele pele ka mosebetsi wa boboledi ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le wona, kganyetso le ho hloka thahasello ha batho bao re buang le bona. (1 Pet. 5:10) Ha re a lebella hore Jehova a re thuse ka mohlolo. Ho ena le hoo, re lokela ho phetha karolo ya rona. Seo se akarelletsa ho bala Lentswe la Modimo letsatsi le letsatsi, ho lokisetsa diboka, ho etsa thuto ya botho le ho tshwara borapedi ba lelapa, esita le ho itshetleha ka Jehova ka mehla. Ha re a lokela ho dumella letho ho re thibela ho sebedisa ditokisetso tseo Jehova a di entseng ho re matlafatsa le ho re kgothatsa. Haeba o lemoha hore ho na le moo o lokelang ho ntlafatsa teng dintlheng tsena, kopa Modimo hore a o thuse. Ka ho etsa jwalo, moya wa hae o tla o matlafatsa. (Bafil. 2:13) Empa o ka etsang ho matlafatsa ba bang?
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 1242
Phokojwe
Ka Mangolong lentswe phokojwe le sebedisitswe ka makgetlo a mangata ka tsela ya tshwantshetso. Ha Jobo a hlalosa boemo ba hae bo utlwisang bohloko, o ile a re “ke fetohile ngwanabo diphokojwe.” (Job 30:29) Ha mongodi e mong wa pesaleme a bua ka ho hlolwa ha bahlanka ba Modimo, o ile a ho bapisa le sebaka seo diphokojwe di bokanang ho sona ho ja madi a diphoofolo tse bolailweng (bapisa le Ps 68:23). Ke ka hona a ileng a hweletsa a re: “O entse hore re hlolwe moo diphokojwe di dulang teng.” (Ps 44:19) Ha masole a Babilona a hlasela Jerusalema ka 607 B.C.E. ho ile ha eba le tlala e kgolo e ileng ya etsa hore le bomme ba je bana ba bona. Ke ka hoo Jeremia a ileng a bapisa bokgopo ba ‘batho ba habo’ le diphokojwe tse anyesang.—Dil 4:3, 10.
JUNE 3-9
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 45–47
Pina ya Lenyalo la Morena
w14 2/15 9-10 ¶8-9
Thabelang Lenyalo la Konyana!
8 Bala Pesaleme ya 45:13, 14a. Monyaduwa o tliswa ho Morena a “kganya haholo” bakeng sa lenyalo la boreneng. Ho Tshenolo 21:2, monyaduwa o tshwantshwa le motse, e leng Jerusalema e Motjha, mme o ‘kgabile bakeng sa monna wa hae.’ Motse ona o lehodimong o kgantshetswa ke “kganya ya Modimo” mme o phatsima “jwalo ka lejwe la bohlokwa ka ho fetisisa, jwalo ka lejwe la jaspere le benyang ka ho hlaka jwalo ka kristale.” (Tshen. 21:10, 11) Botle bo kganyang ba Jerusalema e Motjha bo hlalositswe ka bokgabane bukeng ya Tshenolo. (Tshen. 21:18-21) Ke ka hoo mopesaleme a reng monyaduwa o “kganya haholo”! Etswe lenyalo lena la boreneng le lehodimong.
9 Monyaduwa o tliswa ho Monyadi, e leng Morena wa Bomesia. Monyadi o nnile a mo lokisa ka hore a mo ‘hlwekise ka ho mo hlatswa ka metsi ka lentswe.’ Monyaduwa o a ‘halalela ebile ha a na sekodi.’ (Baef. 5: 26, 27) Le yena o lokela ho apara ka tsela e loketseng ketsahalo eo. Mme o feela a etsa jwalo! Ha e le hantle, “diaparo tsa hae di kgabisitswe ka kgauta,” mme “o tla tliswa ho morena ka seaparo se lohilweng.” Bakeng sa lenyalo la Konyana, “o nehilwe hore a apare line ya boleng bo botle, e kganyang, e hlwekileng, ka ha line ya boleng bo botle e emela diketso tse lokileng tsa bahalaledi.”—Tshen. 19:8.
Lengolo la Tshenolo le Reng ka Bokamoso ba Hao?
10 Jehova o tla etsang ha batho ba hae ba hlaselwa ka mabifi? O re: “Kgalefo ya ka e tla hlaha dinkong tsa ka.” (Ezek. 38:18, 21-23) Tshenolo kgaolo ya 19 e ya hlalosa hore na ho tla etsahalang ka mora moo. Jehova o tla romela Mora wa hae hore a sireletse batho ba hae le ho hlola dira tsa bona. Jesu a ena le “mabotho a . . . lehodimong” a entsweng ka mangeloi le ba 144 000, ba tla lwantsha Gogo wa Magogo. (Tshen. 17:14; 19:11-15) Ntwa ee e tla fella ka eng? Mekgatlo yohle le batho bohle ba hanyetsang Jehova ba tla fediswa ka ho felletseng.—Bala Tshenolo 19:19-21.
11 Nahana feela hore na batho ba tshepahalang ba tla be ba phela lefatsheng, ba tla ikutlwa jwang ha ba pholohile ha ho timetswa dira tsa Modimo ka ho felletseng. Ruri e tla ba nako e thabisang haholo! Le hoja ho tla ba le thabo e kgolo lehodimong ha Babylona e Moholo e timetswa, ho na le ntho e nngwe hape e tla tlisa thabo le ho feta. (Tshen. 19:1-3) Ha e le hantle, ke ketsahalo ya bohlokwa ka ho fetisisa e tlalehilweng lengolong la Tshenolo. Ketsahalo eo ke “lenyalo la Konyana.”—Tshen. 19:6-9.
12 Lenyalo leo le tla ba neng? Ba 144 000 kaofela ba tla be ba le lehodimong pele ntwa ya Armagedone e qala. Le ha ho le jwalo, eo e tla be e eso be nako ya lenyalo la Konyana. (Bala Tshenolo 21:1, 2.) Lenyalo la Konyana le tla ba ka mora ntwa ya Armagedone ha dira tsohle tsa Modimo di se di fedisitswe.—Pes. 45:3, 4, 13-17.
it-2-E 1169
Ntwa
Ha ntwa ena e fela ho tla ba le kgotso lefatsheng ka dilemo tse sekete. Mantswe a pesaleme a reng “[Jehova] o fedisa dintwa lefatsheng lohle. O roba seqha ebile o robakanya le lerumo. O tjhesa dikariki tsa sesole ka mollo,” a ile a phethahala ka lekgetlo la pele ha Modimo a ne a tlisa kgotso naheng ya Iseraele ka hore a fedise dibetsa tsa dira tsa Baiseraele tsa ntwa. Ka mora hore Kreste a fedise batho ba ratang ntwa, ntweng ya Armagedone, ho tla tlala thabo le kgotso lefatsheng lohle. (Ps 46:8-10) Batho ba tla fumana bophelo bo sa feleng e tla ba ‘ba tla beng ba entse disabole tsa bona mehoma, ba entse marumo a bona dikere tse kutang dimela” le ‘ba sa tlo hlola ba ithuta ntwa.’ “Ka ha Jehova wa mabotho o se a buile.”—Esa 2:4; Mik 4:3, 4.
Matlotlo a Patilweng
Mmuso wa Modimo o Tla Fedisang ha o Tla?
9 Mekgatlo e tletseng bobodu e tla nkelwa sebaka keng? Ka mora Armagedone, na ho tla ba le mokgatlo lefatsheng? Bibele e re: “Ho na le mahodimo a matjha le lefatshe le letjha tseo re di letetseng ho ya ka tshepiso ya hae, mme ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Pet. 3:13) Lehodimo le lefatshe la kgale e leng mebuso e tletseng bobodu le mekgatlo e laolwang ke yona di tla fediswa. Di tla nkelwa sebaka keng? Mantswe a reng “mahodimo a matjha le lefatshe le letjha” a bolela hore ho tla ba le mmuso o motjha le batho ba buswang ke mmuso oo. Pusong ya Jesu ho tla etswa dintho tse thabisang Jehova, e leng Modimo wa tlhophiso. (1 Bakor. 14:33) Ka hoo “lefatshe le letjha” e tla ba le hlophisehileng. Ho tla ba le banna ba lokileng ba tla hlokomela dintho. (Pes. 45:16) Ba tla etellwa pele ke Kreste le babusi mmoho le yena ba 144 000. O ka inahanela feela hore na ho tla ba jwang ha mekgatlo ena e tletseng bobodu e se e nketswe sebaka ke mokgatlo o le mong, o momahaneng le o ke keng wa ba le bobodu.
LA 10-16 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 48–50
Batswadi—Thusang ba Malapa a Lona Hore ba Tshepe Mokgatlo wa Jehova Haholwanyane
Borapedi ba Nnete bo Tla Eketsa Thabo ya Hao
11 Ho bala Bibele le ho ruta bana ka Jehova. Ka letsatsi la Sabatha, Baiseraele ba ne ba sa sebetse empa ba ne ba sebedisa letsatsi leo ho matlafatsa setswalle sa bona le Jehova. (Ex. 31:16, 17) Ba bang ba ne ba ruta bana ba bona ka Jehova le ka melemo ya hae. Le rona mehleng ena re tlameha ho ipha nako ya ho bala le ho ithuta Lentswe la Modimo. Ho etsa jwalo ke karolo ya borapedi ba rona ho Jehova ebile ho re thusa ho atamela haufi le yena. (Pes. 73:28) Ha re ithuta Bibele re le lelapa, re thusa bana ba rona hore e be metswalle e haufi ya Ntate wa rona ya lerato Jehova.—Bala Pesaleme ya 48:13.
w11 3/15 19 ¶5-7
Le na le Mabaka a ho Thaba
“Potang Sione, mme le tsamaye ho pholletsa le yona, le bale ditora tsa yona. Behang dipelo tsa lona ho mmotomoto wa yona. Hlahlobang ditora tsa yona tsa bodulo, e le hore le ka ho pheta molokong wa ka moso.” (Pes. 48:12, 13) Mona mopesaleme o ne a kgothalletsa Baiseraele hore ba hlahlobisise Jerusalema. Nahana feela hore na malapa a Baiseraele a neng a ile a ya motseng o halalelang meketeng ya selemo le selemo mme a ile a bona tempele e majabajaba a ne a hopola dintho tsa bohlokwa hakaakang! E tlameha ebe ba ile ba susumelletseha hore ba di ‘phetele moloko wa ka moso.’
Nahana ka mofumahadi wa Sheba, eo qalong a neng a belaella ditlaleho tse mabapi le tsela e babatsehang eo Solomone a neng a busa ka yona ha mmoho le bohlale ba hae bo boholo. Ke eng e ileng ya mo kgodisa hore dintho tseo a neng a di utlwile e ne e le nnete? O ile a re: “Ha ke a ka ka beha tumelo mantsweng a bona ho fihlela ke tlile e le hore mahlo a ka a ka bona.” (2 Dikron. 9:6) Ha e le hantle, seo re se bonang ka ‘mahlo a rona’ se ka re ama haholo.
O ka thusa bana ba hao jwang hore ba bone dintho tse hlollang tsa mokgatlo wa Jehova ka ‘mahlo a bona’? Haeba ho ena le ofisi ya lekala ya Dipaki Tsa Jehova haufi le moo le dulang, etsang boiteko ba ho e etela. Ka mohlala, naheng ya habo Mandy le Bethany, Bethele e bohole ba dikhilomithara tse ka bang 1 500 le sebaka seo ba holetseng ho sona. Le ha ho le jwalo, hangata batswadi ba bona ba ne ba hlophisa maeto a ho ya teng ho ya bona sebaka, haholoholo ha baradi ba bona ba ne ba ntse ba hola. Ba re: “Pele re etela Bethele, re ne re nahana hore batho ba teng ba ne ba se na nako ya ho swaswa le hore e ne e le sebaka sa batho ba baholo feela. Empa re ile ra kopana le batjha ba neng ba sebeletsa Jehova ka thata ba bile ba thabela seo! Re ile ra hlokomela hore mokgatlo wa Jehova o ne o se sebakeng seo re neng re dula ho sona feela, mme ka mehla ha re ne re etela Bethele seo se ne se re matlafatsa moyeng.” Ho bonela mokgatlo wa Modimo haufinyane ho ile ha susumelletsa Mandy le Bethany hore ba qale ho bula madiboho mme ba ile ba ba ba memelwa hore ba sebeletse Bethele ka nakwana.
w12 8/15 12 ¶5
Tswelang Pele le Phela Jwalo ka Baahi!
5 Ithute histori. Ho ka nna ha hlokahala hore motho ya batlang ho ba moahi wa naha e itseng a ithute ho hong ka histori ya mmuso wa naha eo. Ka tsela e tshwanang, e ka ba hantle hore batho ba batlang ho ba baahi ba Mmuso wa Modimo ba ithute sohle seo ba ka se kgonang ka Mmuso oo. Nahana ka mohlala wa bara ba Kora, ba neng ba sebeletsa Iseraeleng ya boholoholo. Ba ne ba rata Jerusalema le sebaka sa yona sa borapedi ba bile ba rata ho bua ka histori ya motse oo. Ba ne ba sa kgahlwe ke botle ba sebaka seo sa borapedi empa ba ne ba kgahlwa ke se neng se emelwa ke motse oo le sebaka seo. Jerusalema e ne e le “motse wa Morena e moholo,” e leng Jehova, ka ha e ne e le setsi sa borapedi bo hlwekileng. Ke hona moo ho neng ho rutwa Molao wa Jehova teng. Jehova o ile a bontsha batho ba neng ba buswa ke Morena wa Jerusalema mosa o lerato. (Bala Pesaleme ya 48:1, 2, 9, 12, 13.) Na le wena o labalabela ho ithuta le ho bua ka histori ya karolo e lefatsheng ya mokgatlo wa Jehova? Ha o ntse o ithuta ka mokgatlo wa Modimo le ka moo Jehova a thusang batho ba hae ka teng, o tla nka Mmuso wa Modimo e hlile e le ntho ya sebele. o tla ba le takatso e matla ya ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso.—Jer. 9:24; Luka 4:43.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 805
Maruo
Ka ha Baiseraele ba ne ba ruile, ba ne ba kgona ho ba le dijo le dintho tseo ba di nwang (1Ma 4:20; Moe 5 :18, 19) mme maruo a bona a ne a ba sireletsa hore ba se ke ba bolawa ke tlala. (Pr 10:15; Moe 7:12) Le hoja Jehova a ne a batla hore Baiseraele ba thabele maruo a bona ao ba a sebeleditseng ka thata (bapisa le Pr 6:6-11; 20:13; 24:33, 34), o ile a boela a etsa bonnete ba hore ba lemoswa ka kotsi ya ho tshepa maruo a bona le ho lebala hore ke yena ya entseng hore ba be le maruo. (De 8:7-17; Ps 49:6-9; Pr 11:4; 18:10, 11; Jer 9:23, 24) Baiseraele ba ile ba hopotswa hore maruo ke a nakwana (Pr 23:4, 5) ebile a ke ke a fuwa Modimo hore a ba lopolle lefung (Ps 49:6, 7) le hore ha ba se ba shwele a ke ke a ba tswela molemo (Ps 49:16, 17; Moe 5:15). Ba ile ba boela ba hlokomediswa hore haeba ba nka maruo e le a bohlokwa haholo ba ka qetella ba leka ho a fumana ka ditsela tse sa nepahalang mme seo sa etsa hore Jehova a ba lahle. (Pr 28:20; bapisa le Jer 5:26-28; 17:9-11.) Hape ba ile ba kgothalletswa ho “hlompha Jehova ka ho mo fa dintho tsa [bona] tsa bohlokwa.”—Pr 3:9.
LA 17-23 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 51–53
Dintho Tse ka o Thusang ho Qoba ho Etsa Dibe Tse Tebileng
O ka Sirelletsa Pelo ya Hao Jwang?
4 Lentswe “pelo” lengolong la Diproverbia 4:23, le bolela motho eo re leng yena ka hare. (Bala Pesaleme ya 51:6.) Ka mantswe a mang, “pelo” e bolela menahano ya rona, maikutlo, maikemisetso le ditakatso tsa rona. Ke motho eo ehlileng re leng yena ka hare, eseng feela eo re leng yena ka ntle.
5 Ela hloko ka moo ho itlhokomela mmeleng ho bontshang ka teng bohlokwa ba ho hlokomela motho eo re leng yena ka hare. Ka mohlala, e le hore re dule re phetse hantle mmeleng, re lokela ho ja dijo tse nang le phepo e ntle le ho ikwetlisa ka mehla. Ka ho tshwanang, e le hore re boloke pelo ya rona ya tshwantshetso e ntse e phetse hantle, re lokela ho bala Bibele ka mehla. Re boetse re lokela le ho bala dingolwa tse theilweng Bibeleng mme re bontshe hore re na le tumelo e matla ho Jehova. Ntho e nngwe e ka thusang hore dipelo tsa rona di dule di phetse hantle, ke ho sebedisa seo re ithutileng sona le ho ruta ba bang ka seo re se dumelang. (Bar. 10:8-10; Jak. 2:26) Re ka nna ra ithetsa ra nahana hore ntse re phetse hantle ha re sheba motho eo re leng yena ka ntle, athe motho eo re leng yena ka hare, o a kula. Ka tsela e tshwanang, re ka nna ra ithetsa ra nahana hore tumelo ya rona e matla ka lebaka la dintho tse ngata tseo re di etsang tshebeletsong. Empa ditakatso tse fosahetseng, di ka nna tsa re nanarela butlebutle. (1 Bakor. 10:12; Jak. 1:14, 15) Re lokela ho hopola hore Satane o batla ho re silafatsa ka menahano ya hae. Jwale o sebedisa maraba afe ho leka ho re tshwasa? Hona re ka itshirelletsa jwang?
w15 6/15 15 ¶5-6
Re ka Dula re Hlwekile Boitshwarong
5 Jehova o tla re thusa ho lwantsha menahano e fosahetseng, ha re mo kopa. O re fa moya o halalelang e le hore re be le matla a ho dula re hlwekile. Ha re rapela, re ka bolella Jehova hore re batla ho mo kgahlisa ka menahano ya rona. (Pes. 19:14) Ra mo kopa ka boikokobetso hore a lekole dipelo tsa rona ho bona hore na ha ho na takatso e fosahetseng e ka re lebisang sebeng. (Pes. 139:23, 24) Tswela pele ho kopa Jehova hore a o thuse ho lwantsha boitshwaro bo ditshila le ho dula o etsa se nepahetseng le maemong a thata.—Mat. 6:13
6 Mohlomong pele re ithuta ka Jehova re ne re rata ho etsa dintho tseo a sa di rateng, ebile e ka nna yaba re ntse re lwantsha takatso ena e fosahetseng. Empa Jehova a ka re thusa hore re fetohe mme re etse dintho tse mo kgahlisang. Ka mohlala, ka mora hore Morena Davida a etse bofebe le Bathe-sheba, o ile a baka mme a kopa Jehova hore a mo fe “pelo e hlwekileng” le ho mo thusa ho mamela. (Pes. 51:10, 12) Ka hoo, haeba nakong e fetileng re ne re ena le takatso e matla e fosahetseng mme re ntse re e lwantsha, Jehova a ka re thusa hore re be le takatso ya ho mo mamela le ho etsa se nepahetseng. A ka re thusa hore re laole menahano e fosahetseng.—Pes. 119:133.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 644
Doege
Doege e ne e le Moedomo ya neng a sebeletsa Morena Saule e le molaodi wa badisa, e leng boemo bo neng bo phahame. (1Sa 21:7; 22:9) Doege o ne a sokolohile. Ho na le nako eo ka yona Doege a neng a “tlamehile ho ba ka pela Jehova” ha a le Nobe, mohlomong hobane a entse kano a sa hlweka kapa hobane ho belaellwa hore o tshwerwe ke lepera. Ka nako eo, Doege o ile a bona ha Moprista ya Phahameng Akimeleke a fa Davida bohobe ba pontsho le sabole ya Goliathe. Ha morao ha Saule a bua le bahlanka ba hae a re ha ba mo tshepahalle, Doege o ile a bolela hore na o boneng ha a le Nobe. Saule o ile a bitsa baprista ba phahameng le baprista ba bang ba Nobe yaba o hloma Akimeleke dipotso. Ka mora moo, o ile a re balebedi ba bolaye baprista bao. Ha balebedi ba hana, Saule o ile a laela Doege hore ebe yena ya bolayang baprista bao, yaba o bolaya baprista ba 85 a sa tshabe letho. Ka mora ketso ena e mpe Doege o ile a fedisa motse wa Nobe, a bolaya baahi bohle ba wona, ba banyenyane le ba baholo ha mmoho le diphoofolo.—1Sa 22:6-20.
Sehloohwaneng sa Pesaleme ya 52, Davida o ile a re ka Doege: “Leleme la hao le bohale jwalo ka lehare, le rera dintho tse kotsi ebile le bua leshano. O rata bokgopo ho feta se molemo, o rata leshano ho feta ho bua dintho tse lokileng. O rata mantswe ohle a kotsi, wena eo leleme la hao le buang leshano.”—Ps 52:2-4.
LA 24-30 JUNE
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 54–56
Modimo o ka Lehlakoreng la Hao
w06 8/1 22 ¶10-11
Hlalefa mme o Tshabe Modimo!
10 Ketsahalong e nngwe, Davida o ile a balehela ho Akishe, morena wa motse wa Bafilista wa Gathe, moo e neng e le ha habo Goliathe. (1 Samuele 21:10-15) Bahlanka ba morena ba ile ba qosa Davida ka hore ke sera sa setjhaba sa bona. Davida o ile a etsa jwang boemong boo bo kotsi? O ile a rapela Jehova ka tiyo. (Pesaleme ya 56:1-4, 11-13) Le hoja Davida a ile a tlameha ho itlhantsha e le hore a pholohe, o ne a tseba hore ke Jehova ka boyena ya neng a mo pholositse ka ho hlohonolofatsa boiteko ba hae. Nnete ya hore Davida o ne a tshepile Jehova ka ho feletseng a bile a kgodisehile ka yena, e ile ya bontsha hore Davida o ne a hlile a tshaba Modimo.—Pesaleme ya 34:4-6, 9-11.
11 Re ka bontsha hore re tshaba Modimo jwalo ka Davida ka ho tshepa tshepiso ya Modimo ya hore o tla re thusa ho lwantsha mathata a rona. Davida o ile a re: “Rolela tsela ya hao ho Jehova, o itshetlehe ka yena, mme o tla nka bohato.” (Pesaleme ya 37:5) Sena ha se bolele hore re mpa feela re isa mathata a rona ho Jehova ebe re phutha matsoho re lebella hore a re rarollele wona. Davida ha a ka a rapella thuso ho Modimo yaba ka mora moo ha a etse letho. O ile a sebedisa kelello eo Jehova a mo fileng yona yaba o nka bohato ba hore a rarolle bothata boo a tobaneng le bona. Le ha ho le jwalo, Davida o ne a tseba hore boiteko ba motho hase bona feela bo ka mo atlehisang. Le rona re lokela ho nahana jwalo ka yena. Ha re entse sohle se matleng a rona, re lokela ho tlohela sohle ho Jehova. Ha e le hantle, hangata ha ho letho leo re ka le etsang haese feela ho tshepa Jehova. Ke maemong a mofuta ona moo re bontshang hore re tshaba Modimo. Re ka tshediswa ke polelo ena e tlohang botebong ba pelo ya Davida: “Kamano e haufiufi le Jehova ke ya ba mo tshabang.”—Pesaleme ya 25:14.
cl 243 ¶9
Ha ho Letho le ka ‘re Arohanyang le Lerato la Modimo’
9 Jehova o boetse o nka ho mamella ha rona e le ha bohlokwa. (Matheu 24:13) Hopola hore Satane o batla hore o furalle Jehova. Letsatsi ka leng leo ka lona o dulang o tshepahala ho Jehova o thusa ho fana ka karabo nyedisong ya Satane. (Diproverbia 27:11) Ka dinako tse ding ho thata ho mamella. Ho kula, mathata a ditjhelete, kgatello ya maikutlo le ditshitiso tse ding di ka etsa hore letsatsi ka leng le fetang e be teko. Ho lebella ntho e diehang ho phethahala le hona ho ka nyahamisa. (Diproverbia 13:12) Ho mamella diphephetso tse jwalo ke habohlokwa le ho feta ho Jehova. Ke ka hoo Morena Davida a ileng a kopa Jehova hore a bokelle meokgo ya hae ka “lekukeng,” a phaella ka kgodiseho: “Na ha e bukeng ya hao?” (Pesaleme ya 56:8) E, Jehova o bokella meokgo le matshwenyeho ohle ao re a mamellang ha re tswela pele re tshepahala ho yena ebile wa a hopola. Le wona ke a bohlokwa mahlong a hae.
Lerato le re Thusa ho Hlola Tshabo
16 Satane o a tseba hore re rata bophelo. O re re ka tela ntho le ha e le efe, esita le setswalle sa rona le Jehova hore feela re phele. (Jobo 2:4, 5) Empa ntho ena eo Satane a e buang ha se nnete. Ka ha ke yena “ya nang le mokgwa wa ho baka lefu,” o sebedisa tshabo eo re nang le yona ka lefu e le ho etsa hore re se ke ra sebeletsa Jehova. (Baheb. 2:14, 15) Ka dinako tse ding batho ba susumetswang ke Satane, ba leka ho re tshosa ka hore ba tla re bolaya haeba re sa furalle tumelo ya rona. Maemong a mang, Satane a ka nka monyetla haeba re kula ebe o leka ho etsa hore se ke ra mamela Modimo. Dingaka kapa ditho tsa lelapa tseo eseng Dipaki di ka re hatella hore re tshele madi e leng ntho e kgahlanong le melao ya Modimo. Kapa motho e mong a ka re susumetsa hore re amohele mokgwa wa phekolo o sa dumellaneng le melaomotheo ya Bibele.
17 Le hoja re sa batle ho shwa, re a tseba hore Jehova a ke ke a tlohela ho re rata le ha re ka shwa. (Bala Baroma 8:37-39.) Ha metswalle ya Jehova e shwa o a e hopola. O e hopola jwalo ka ha eka e ntse e phela. (Luka 20:37, 38) Hape o hlolohelwa ho e tsosa. (Jobo 14:15) Jehova o re rekile ka theko e phahameng haholo e le hore re “be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Re a tseba hore Jehova o re rata haholo ebile o a re tsotella. Ka hoo, ha re kula kapa re tshoswa ka hore re tla bolawa, ha re fetohele Jehova empa re itshetleha ka yena hore a re tshedise a be a re fe bohlale le matla. Ke yona ntho eo Valérie le monna wa hae ba ileng ba e etsa.—Pes. 41:3.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 857-858
Ho Tseba Dintho Tse Tla Etsahala Esale Pele, Ho Rera Dintho Pele di ka Etsahala
Tsela e bolotsana eo Judase Iskariota a ileng a etsa dintho ka yona e ile ya phethahatsa boprofeta yaba ya bontsha hore Jehova le Mora wa hae ba na le bokgoni ba ho tseba dintho esale pele. (Ps 41:9; 55:12, 13; 109:8; Dik 1:16-20) Empa re ke ke ra re Modimo o ile a rera esale pele hore Judase a tle a etse bolotsana. Boprofeta bo ile ba bolela esale pele hore e mong hara metswalle ya Jesu e haufi o ne a tla mo fetohela empa ha bo a ka ba hlakisa hore na e ne e tla ba ofe hara bona. Hape melaomotheo ya Bibele e hanana le taba ya hore Modimo o ne a rerile esale pele hore na Judase o tla etsa dintho jwang. Molao wa Modimo o ngotsweng ke moapostola o re: “O se ke wa potlakela ho kgetha monna ofe kapa ofe hore a be le boikarabelo bo itseng, hape o se ke wa kenella dibeng tsa batho ba bang. Dula o itshwere hantle.” (1Ti 5:22; bapisa le 3:6.) Ka ha Jesu o ne a amehile ka hore ha a kgetha baapostola ba 12 a kgethe batho ba nepahetseng a be a ba kgethe ka bohlale, o ile a qeta bosiu bohle a rapela Ntate wa hae pele a tsebisa batho ba bang ka qeto ya hae. (Lu 6:12-16) Haeba Modimo o ne a rerile esale pele hore Judase a tle a rekise Jesu, taba ena e ne e tla be e sa dumellane le Molao wa hae o ka Bibeleng hobane o ne a tla be a kenelletse sebeng seo Judase a se entseng.
Ka hoo, ho hlakile hore nakong eo Judase a neng a kgethwa hore e be moapostola ho ne ho se na letho le neng le bontsha hore o tla fetohela Jesu. O ile a dumella hore “motso o tjhefo” o hlahe ka hare ho yena mme o mo silafatse. Ntho ena e ile ya etsa hore a kgelohe mme a kgaotse ho latela tataiso ya Modimo yaba o latela ya Diabolose e ileng ya etsa hore qetellong ebe leshodu a be a fetohele Jesu. (Heb 12:14, 15; Joh 13:2; Dik 1:24, 25; Jak 1:14, 15; sheba JUDAS No. 4.) Ha Judase a se a ena le nako e itseng a kgelohile, Jesu o ile a bona pelo ya hae mme a bolela esale pele hore Judase o tlo mo rekisa.—Joh 13:10, 11.