LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr24 July maq. 1-13
  • Ditshupiso Tsa “Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso Tsa “Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso”
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2024
  • Dihloohwana
  • LA 1-⁠7 JULY
  • LA 8-⁠14 JULY
  • LA 15-21 JULY
  • LA 22-28 JULY
  • LA 29 JULY–LA 4 AUGUST
  • LA 5-⁠11 AUGUST
  • LA 12-18 AUGUST
  • LA 19-25 AUGUST
  • LA 26 AUGUST–LA 1 SEPTEMBER
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2024
mwbr24 July maq. 1-13

Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso

© 2024 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania

LA 1-⁠7 JULY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 57-⁠59

Jehova o Ferekanya Dira Tsa Batho ba Hae

bt 220-221 ¶14-⁠15

“Ho Isa Karolong e Holehole ya Lefatshe”

14 Setefane o ile a fana ka bopaki ka sebete pele dira tsa hae di mo bolaya. (Dik. 6:⁠5; 7:​54-60) Ka lebaka la “mahloriso a maholo” a ileng a ba teng ka nako eo, barutuwa bohle ntle le baapostola ba ile ba hasana ho pholletsa le Judea le Samaria. Empa seo ha se a ka sa emisa mosebetsi wa ho paka. Filipi o ile a ya Samaria ho ya “bolela Kreste” mme mosebetsi wa hae wa beha ditholwana tse molemo. (Dik. 8:​1-8, 14, 15, 25) Ho feta moo, ho thwe: “Ba neng ba hasantswe ke matshwenyeho a ileng a tsoha ka lebaka la Setefane ba pholletsa ho ya fihla Foenisia le Cyprase le Antioke, empa ho se eo ba mo bolellang lentswe haese Bajuda feela. Le ha ho le jwalo, ho bona ho ne ho ena le banna ba bang ba Cyprase le Cyrene ba ileng ba tla Antioke mme ba qala ho bua le batho ba buang Segerike, ba bolela ditaba tse molemo tsa Morena Jesu.” (Dik. 11:​19, 20) Ka nako eo, mahloriso a ile a etsa hore molaetsa wa Mmuso o phatlalatswe.

15 Mehleng ya rona, ho etsahetse se tshwanang Soviet Union ya mehleng. Haholoholo ka bo 1950, Dipaki Tsa Jehova tse dikete di ile tsa iswa Siberia. Ka ha di ne di hasane metseng e fapa-fapaneng, ditaba tse molemo di ile tsa tswela pele ho jaleha sebakeng seo se sabaletseng. Ho hang Dipaki tse ngata jwalo di ne di ke ke tsa kgona ho ba le tjhelete ya ho palama hore di yo bolela ditaba tse molemo sebakeng se bohole ba dikhilomithara tse ka bang 10 000! Le ha ho le jwalo, mmuso ke wona o ileng wa di isa sebakeng seo se hole. Mora e mong wabo rona o itse: “Ho ileng ha etsahala ke hore ba boholong ka bobona ba ile ba nolofalletsa batho ba dikete ba Siberia ba dipelo di ntle hore ba tsebe nnete.”

Matlotlo a Patilweng

w23.07 18-19 ¶16-⁠17

“Le Eme le Tiile, le sa Sisinyehe”

16 Tshepahala. Morena Davida o ile a bontsha hore o tla dula a rata Jehova ha a ne a re: “Modimo, pelo ya ka e a tshepahala.” (Pes. 57:⁠7) Le rona re ka tshepahala mme ra dula re tshepile Jehova.(Bala Pesaleme ya 112:⁠7.) Nahana ka se ileng sa thusa Morabo rona Bob eo re buileng ka yena. Ha ngaka e ne e mo bolella hore madi a tla ba teng ha a ka a hloka, o ile a re haeba feela ba ka leka ho mo tshela madi, o tlo tsamaya hanghang. Ha morao Morabo rona Bob o ile a re: “Ke ne ke sa qeaqee ebile ke sa tshwenyeha ho hang.”

17 Morabo rona Bob o ile a bontsha hore o a tshepahala hobane o ile a etsa qeto ya hore a ke ke a amohela madi le pele a ya sepetlele. Ntlha ya pele, o ne a batla ho thabisa Jehova. Ntlha ya bobedi, o ile a ithuta hore na Bibele le dingolwa tsa rona tse thehilweng Bibeleng di reng ha di bua ka hore bophelo le madi ke tsa bohlokwa. Ntlha ya boraro, o ne a kgodisehile hore Jehova o tla mo hlohonolofatsa ka lebaka la ho mamela molao wa hae. Le rona re ka dula re tshepahala ho sa tsotellehe mathata a re hlahelang.

LA 8-⁠14 JULY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 60-⁠62

Jehova o a re Sireletsa Ebile o Etsa Hore re Tsitse

it-2-E 1118 ¶7

Tora

Moo e Sebedisitsweng ka Tsela ya Tshwantshetso. Batho ba nang le tumelo le ba ikokobeletsang Jehova ba sireletsehile jwalo ka ha Davida a ile a bina ka Jehova a re: “O setshabelo sa ka, tora e matla e ntshireletsang ho sera.” (Ps 61:⁠3) Batho ba tshepang Jehova, ba emelang lebitso la hae le ba utlwisisang hore na le emelang, ha ba tshabe letho hobane: “Lebitso la Jehova ke tora e matla. Ya lokileng o balehela ho lona mme o a sireletswa.”​—⁠Pr 18:​10; bapisa le 1Sa 17:​45-⁠47.

it-2-E 1084 ¶8

Tente

“Tente” e boetse e sebediswa ka tsela ya tshwantshetso maemong a mangata. Tente e ne e le sebaka seo motho a ka phomolang ho sona hape e ne e mo sireletsa. (Ge 18:⁠1) Ha moeti a amohelwa ka tenteng, o ne a kgodisehile hore o tla hlokomelwa le ho hlomphuwa hobane ho ne ho tlwaelehile hore baeti ba tshwarwe jwalo mehleng ya Bibele. Ka lebaka leo, ha naletsana e ho Tshenolo 7:​15 e bua ka bongata bo boholo e re Modimo “o tla ala tente ya hae hodima bona,” e leng ntho e bolelang hore o tla ba hlokomela le ho ba sireletsa. (Ps 61:​3, 4) Esaia o hlalosa hore mosadi wa Modimo e leng Sione o tla lokisa dintho bakeng sa bara bao a tla ba le bona. Mosadi wa Modimo o ile a bolellwa hore a ‘etse hore sebaka sa tente ya hae se be seholo.’ (Esa 54:⁠2) Ka hoo, o eketsa sebaka se sireletsehileng bakeng sa bana ba hae.

w02 4/15 16 ¶14

Melao ya Modimo e Molemong wa Rona

14 Tsela eo molao wa Modimo o sa fetoheng ka yona ya kgothatsa. Dinakong tse mahlonoko tseo re phelang ho tsona, Jehova ke tshiya e tiileng, o teng ka mehla. (Pesaleme ya 90:⁠2) O ipoletse tjena: “Ke nna Jehova; ha ke a fetoha.” (Malakia 3:⁠6) Ditekanyetso tsa Modimo, jwalo ka ha di ngotswe ka Bibeleng, di tshepahala ka ho feletseng, ha di tshwane le dikgopolo tse feto-fetohang tsa batho. (Jakobo 1:​17) Ka mohlala, ka dilemo tse telele ditsebi tsa kelello di ile tsa buella ho bokotswa ha bana, empa ha morao tse ding di ile tsa fetoha mme tsa dumela hore keletso ya tsona e ne e fosahetse. Tabeng ena, ditekanyetso le ditataiso tsa lefatshe di ya kwana le kwana jwalo ka ha eka di fefolwa ke moya. Le ha ho le jwalo, Lentswe la Jehova ha le fetohe. Ka makgolo a dilemo Bibele e fane ka keletso ya ka moo bana ba ka hodiswang ka lerato ka teng. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Bontate, le se ke la halefisa bana ba lona, empa le tswele pele ho ba hodisa ka taeo le kelello e laolwang ke Jehova.” (Baefese 6:⁠4) Ho kgothatsa hakaakang ho tseba hore re ka itshetleha ka ditekanyetso tsa Jehova; di ke ke tsa fetoha!

Matlotlo a Patilweng

w06 6/1 11 ¶7

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Bobedi ya Dipesaleme

62:​11. Ha ho hlokahale hore Modimo a itshetlehe ka mohlodi le ha e le ofe wa matla a sa tsweng ho yena. Ke yena mohlodi wa matla. ‘Matla ke a hae.’

LA 15-21 JULY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 63-⁠65

“Lerato la Hao le Molemo ho Feta Bophelo”

w01 10/15 15-16 ¶17-⁠18

Ke Mang ya Tla re Arohanya le Lerato la Modimo?

17 Lerato la Modimo ke la bohlokwa hakae ho wena? Na o ikutlwa jwalo ka Davida, ya ileng a ngola: “Kahobane mosa wa hao o lerato o molemo ho feta bophelo, molomo wa ka o tla o babatsa. Ka hona ke tla o boka ha ke sa ntse ke phela; ke tla phahamisa diatla tsa ka ka lebitso la hao”? (Pesaleme ya 63:​3, 4) Na ruri ho na le ntho e molemo eo bophelo lefatsheng lee bo ka re fang yona e fetang ho thabela ho ratwa ke Modimo le ho thabela botswalle ba hae bo tshepahalang? Ka mohlala, na ho phehella mosebetsi wa boiphediso o nang le tjhelete e ngata ho molemo ho feta ho ba le kgotso ya kelello le thabo e tliswang ke ho ba le kamano e haufi le Modimo? (Luka 12:​15) Bakreste ba bang ba ile ba lokela ho kgetha pakeng tsa ho latola Jehova kapa ho bolawa. Sena se ile sa etsahalla Dipaki tsa Jehova tse ngata dikampong tsa mahloriso tsa Nazi Ntweng ya II ya Lefatshe. Ntle ho mekgelo e seng mekae, barababo rona ba Bakreste ba ile ba kgetha ho dula leratong la Modimo, ba ikemisetsa ho tobana le lefu haeba ho hlokahala. Bao ka botshepehi ba dulang leratong la hae ba ka kgodiseha hore Modimo o tla ba fa bokamoso bo sa feleng, e leng ntho eo lefatshe le ke keng la re fa yona. (Mareka 8:​34-36) Empa ho ameha se fetang bophelo bo sa feleng.

18 Le hoja ho ke ke ha etsahala hore re phele ka ho sa feleng ntle ho Jehova, leka ho nahana ka moo ho phela ka nako e telele haholo ntle ho Mmopi ho ka bang ka teng. E ka ba bophelo ba lefeela, bo hlokang morero wa sebele. Jehova o file batho ba hae mosebetsi o kgotsofatsang matsatsing ana a ho qetela. Ka hoo re ka lebella hore ha Jehova, Moreri e Moholo a fana ka bophelo bo sa feleng, bo tla tlala dintho tse thahasellisang, tsa bohlokwa tseo re ka ithutang tsona le tseo re ka di etsang. (Moeklesia 3:​11) Ho sa tsotellehe hore na re tla ithuta hakae dilemong tse tlang tse dikete, ha ho mohla re tla utlwisisa ka ho feletseng “botebo ba maruo le bohlale le tsebo ya Modimo.”​—⁠Baroma 11:⁠33.

w19.12 28 ¶4

“Mabapi le Ntho e Nngwe le e Nngwe le Lebohe”

Ha bohlokwa le ho feta re tshwanetse ho leboha Modimo. Ha ho pelaelo hore ka dinako tse ding, o nahana ka dintho tseo Modimo a fanang ka tsona le tseo a ntseng a tswela pele ho fana ka tsona. (Deut. 8:​17, 18; Lik. 14:​17) Ka hoo, iphe nako ya ho nahanisisa ka ditlhohonolofatso tseo Modimo a o fileng tsona le tseo a di fileng batho bao o ba ratang. Ho nahanisisa ka mosa wa Mmopi wa rona, ho tla etsa hore o mo ananele le ho elellwa ka moo a o ratang le ho o ananela ka teng.​—⁠1 Joh. 4:⁠9.

w15 10/15 22 ¶7

Thuisa ka Dintho Tsa Moya

7 Re lokela ho etsa boiteko bo matla e le hore re thuise le ho tsepamisa kelello ho seo re se balang. Ke ka hoo ho leng molemo hore o thuise ha o sa kgathala, mme o le sebakeng se kgutsitseng moo ho se nang dintho tse ngata tse ka o sitisang. Mopesaleme Davida o ne a thuisa bosiu ha a phaphame. (Pesaleme ya 63:⁠6) Jesu ya neng a phethahetse, o ne a kgetha dibaka tse kgutsitseng e le hore a thuise le ho rapela.​—⁠Luka 6:⁠12

w09 7/15 16 ¶6

Etsisa Jesu​—⁠Ruta ka Lerato

6 Re rata ho bua ka dintho tseo re di ratang, mme ha re etsa jwalo, batho ba ka bona hore re thabile ebile re a tjheseha. Sena se etsahala haholo ha re bua ka motho eo re mo ratang. Hangata re labalabela ho bolella batho ba bang seo re se tsebang ka motho eo. Re a mo rorisa, re a mo tlotla ebile re a mo sireletsa. Re etsa jwalo hobane re batla hore batho ba rate motho eo le seo a leng sona jwalo ka ha le rona re mo rata.

Matlotlo a Patilweng

w07 11/15 15 ¶6

Na o Kgatholla ba Bang?

Ho bonolo ho heletsa mohaho ho feta ho haha o motjha. Molaomotheo oo wa ho haha le ho heletsa o sebetsa le dipuong tsa rona. Ka ha ha re a phethahala, kaofela ha rona re na le diphoso le mefokolo. Morena Solomone o itse: “Ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya tswelang pele ho etsa se molemo mme a sa etse sebe.” (Moeklesia 7:​20) Ho bonolo ho bona diphoso tsa motho e mong le ho mo hlaba ka mantswe. (Pesaleme ya 64:​2-⁠4) Ka lehlakoreng le leng, hase ka mehla ho leng bonolo ho bua dintho tse kgothatsang.

LA 22-28 JULY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 66-⁠68

Jehova o re Jarela Mojaro Letsatsi le Letsatsi

w23.05 12 ¶15

Jehova o Araba Dithapelo Tsa Rona Jwang?

15 Ha se ka mehla dithapelo tsa rona di arajwang ka tsela e mohlolo. Empa Ntate wa rona ya lehodimong o re araba ka ho re fa dintho tseo re di hlokang e le hore re dule re mo tshepahalla. Leka ho hlokomela hore na Jehova o o araba jwang. Moradi wa bo rona Yoko o ne a bona eka Jehova ha a arabele dithapelo tsa hae. Ka hoo, o ile a qala ho ngola fatshe dintho tseo a neng a di rapella. Ka mora nako o ile a sheba buka eo a neng a ngoletse dintho tseo a di rapeletseng yaba o a bona hore Jehova o arabetse boholo ba dithapelo tsa hae. O ne a bile a arabetse le tsa dintho tseo a neng a lebetse hore o kile a di rapella. Re lokela ho itlwaetsa ho nahana ka moo Jehova a arabang dithapelo tsa rona ka teng.​—⁠Pes. 66:​19, 20.

w10 12/1 23 ¶6

Nahanela Batswadi ba se Nang Balekane

Jehova o ile a budulela hore ho ngolwe dipina tse halalelang, kapa dipesaleme tseo Baiseraele ba neng ba di bina dinakong tsa borapedi. O ka inahanela feela hore na bahlolohadi ba Baiseraele le bashanyana ba se nang bo ntate ba ne ba kgothala hakaakang ha ba bina mantswe ao Modimo a neng a susumeditse hore a ngolwe, a neng a ba hopotsa hore Jehova ke “ntate” ebile ke “moahlodi” wa bona le hore o ne a tla ba imolla. (Pesaleme ya 68:⁠5; 146:⁠9) Le rona re ka bua mantswe a kgothatsang ao motswadi ya se nang molekane a ka a hopolang nako e telele. Le hoja ho se ho fetile dilemo tse 20, Ruthe, eo e leng motswadi ya se nang molekane, o ntse a hopola ka thabo lekgetlo le leng leo ka lona ntate e mong ya neng a ena le boiphihlelo a ileng a re ho yena: “O hodisa bara ba hao ba babedi hantle haholo. O tshware tsoho leo.” Ruthe o re: “Ruri ke ile ka tiya lengole ha ke utlwa a bua mantswe ao.” Ka sebele “mantswe a mosa ke setlhare se setle” mme a ka kgothatsa motswadi ya se nang molekane ho feta ka moo re ka nahanang ka teng. (Diproverbia 15:​4, Contemporary English Version) Na ho na le ntho e tobileng e sa bontsheng boikaketsi eo o ka kgothatsang motswadi ya se nang molekane ka yona?

w09 4/1 31 ¶1

Ntate wa Bashanyana ba se Nang bo Ntate

“MODIMO ke ntata bashanyana ba se nang bo ntate . . . sebakeng sa hae sa bodulo se halalelang.” (Pesaleme ya 68:⁠5) Mantswe ao a buduletsweng a re ruta thuto e etsang hore re atamele haufi le Jehova Modimo​—⁠ya hore o lemoha dintho tseo batho ba se nang mang-we ba di hlokang. Molao oo a ileng a o fa Baiseraele o bontsha ka ho hlaka hore o tsotella bana ba hlokahaletsweng ke motswadi. A re hlahlobeng Exoda 22:​22-24, moo ka lekgetlo la pele Bibele e buang ka “moshanyana ya se nang ntate.”

w23.01 19 ¶17

Jehova o a o Thusa ha o Ena le Mathata

17 Bala Pesaleme ya 40:⁠5. Ntho eo motho ya hlwang thaba a e batlang ke ho ipona a le ka hodimo. Le ha ho le jwalo, ho na le dibaka tse ngata tseo a ka emang ho tsona ha a ntse a hlwa thaba mme a thabela dintho tse ntle tseo a di bonang. Ka tsela e tshwanang, iphe nako ya ho nahana ka moo Jehova a o thusang ka teng hore o atlehe le hoja o mamelletse bothata bo itseng. Qetellong ya letsatsi le leng le le leng ipotse: ‘Jehova o nthusitse jwang kajeno? Le hoja bothata boo bo ntse bo le teng, Jehova o nthusa jwang hore ke mamelle?’ Leka ho fumana ntho e le nngwe eo Jehova a e entseng ho o thusa hore o mamelle.

Matlotlo a Patilweng

w06 6/1 10 ¶5

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Bobedi ya Dipesaleme

68:18​—⁠“Dimpho tseo e leng banna” e ne e le bomang? Bana e ne e le banna ba tswang hara ba neng ba hapilwe nakong eo ho neng ho hlolwa Naha e Tshepisitsweng. Ha morao banna bao ba ile ba abelwa hore ba thuse Balevi mosebetsing wa bona.​—⁠Esdrase 8:⁠20.

LA 29 JULY–LA 4 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 69

Boprofeta bo Buang ka Jesu bo Hlahang ho Pesaleme ya 69

w11 8/15 11 ¶17

Ba ne ba Lebelletse Mesia

17 Mesia o ne a tla hlouwa ntle ho lebaka. (Pes. 69:⁠4) Moapostola Johanne o ile a qotsa mantswe a Jesu ha a ne a re: “Hoja ke ne ke sa etsa hara [batho] mesebetsi eo ho seng ya ileng a e etsa, ba ka be ba se na sebe; empa jwale ba bone mme ba hloile nna ha mmoho le Ntate. Empa ke hore lentswe le ngotsweng Molaong wa bona le ka phethahala, ‘Ba ntlhoile ntle ho lebaka.’” (Joh. 15:​24, 25) Hangata ‘Molao’ o bolela Lengolo lohle. (Joh. 10:​34; 12:​34) Ditlaleho tsa Kosepele di tiisa hore Jesu o ne a hloilwe, haholoholo ke baetapele ba bodumedi ba Bajuda. Ho feta moo, Kreste o ile a re: “Lefatshe ha le na lebaka la ho le hloya, empa nna le ntlhoile, hobane ke paka malebana le lona hore mesebetsi ya lona e kgopo.”​—⁠Joh. 7:⁠7.

w10 12/15 8 ¶7-⁠8

Tjhesehela Borapedi ba Nnete

7 Ho na le ntho e nngwe e ileng ya etsahala bophelong ba Jesu, e ileng ya bontsha ka ho hlaka hore na o ne a ena le Tjheseho e kae. E etsahetse qalong ya tshebeletso ya hae, nakong ya Paseka ka 30 C.E. Jesu le barutuwa ba hae ba ile ba tla Jerusalema mme ka tempeleng ba bona batho “ba rekisang dikgomo le dinku le maeba le ba ananyang tjhelete ditulong tsa bona.” Jesu o ile a etsang, mme seo se ile sa ama barutuwa ba hae jwang?​—⁠Bala Johanne 2:​13-⁠17.

8 Seo Jesu a ileng a se bua le ho se etsa ketsahalong eo ka nepo se ile sa hopotsa barutuwa mantswe a boprofeta a pesaleme e nngwe ya Davida a reng: “Tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele.” (Pes. 69:⁠9) Hobaneng? Hobane seo Jesu a ileng a se etsa se ne se ka beha bophelo ba hae kotsing haholo. Ha e le hantle, ba boholong ka tempeleng​—⁠e leng baprista, bangodi le ba bang​—⁠ba ne ba kentse letsoho kgwebong e mpe e neng e etsahala moo. Ka hore ebe Jesu o ile a pepesa morero oo wa bona o mobe a ba a o nyopisa, o ile a iketsa sera sa baetapele ba bodumedi ba mehleng eo. Jwalo ka ha ka nepo barutuwa ba ile ba hlokomela, ho ne hlakile hore o ne a tjhesehela borapedi ba nnete, kapa a ena le ‘tjheseho ya ntlo ya Modimo.’ Empa ha e le hantle tjheseho ke eng? Na e fapane le ho potlaka?

g95-E 10/22 31 ¶4

Na Pelo e Bohloko e ka Bolaya Motho?

Batho ba bang ba re ho ka etsahala hore e nngwe ya dintho tse ileng tsa bolaya Jesu Kreste ke bohloko boo a ileng a bo utlwa pelong. Boprofeta bo ile ba re ka Jesu Kreste: “Pelo ya ka e bohloko ka lebaka la ho nyefolwa mme leqeba la teng ha le fole.” (Pesaleme ya 69:​20) Na moo ehlile ho buuwa ka pelo ya sebele? Ho ka etsahala hore ebe ho jwalo hobane dihora pele Jesu a hlokahala o ile a utlwa bohloko bo otlang pelo e seng fela mmeleng empa le maikutlong. (Matheu 27:​46; Luka 22:​44; Baheberu 5:⁠7) Ho ekeletsa moo, taba ya hore Jesu o ile a utlwa bohloko pelong e re thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha leqeba la hae le ile la tswa “madi le metsi” ha a hlajwa ka lerumo ka mora hore a hlokahale. Ha pelo kapa mothapo o moholo wa madi o taboha o ka tshollela madi ka sefubeng kapa ka hara lera le sireletsang pelo. Ebang o ne a hlabuwe pelong kapa mothapong o moholo wa madi ntho eo e ne e tla etsa hore a tswe ntho e shebahalang jwalo ka “madi le metsi.”​—⁠Johanne 19:⁠34.

it-2-E 650

Semela se Tjhefo

Boprofeta bo buang ka Mesia bo ile ba bontsha esale pele hore o ne a tla fuwa “semela se tjhefo” hore a se je. (Ps 69:​21) Sena se ile sa etsahala pele Jesu Kreste a bolaelwa palong. O ile a fuwa veine e tswakilweng le nyooko, e neng e reretswe ho kokobetsa bohloko ba hae empa ka mora hore a e latswe o ile a hana ho e nwa. Ha Matheu 27:​34 e bua ka hore na boprofeta bona bo ile ba phethahala jwang e ile ya sebedisa lentswe la Segerike le bitswang kho·leʹ (nyooko) e leng lentswe le tshwanang le le fumanwang ho Septuagint ya Segerike ho Pesaleme ya 69:​21. Le ha ho le jwalo lengolo la Mareka lona le sebedisa lentswe mira (Mar 15:​23). Sena se fana ka mohopolo wa hore “semela se tjhefo” kapa “nyooko” e ne e le “mira.” Ho ka boela ha etsahala hore veine eo Jesu a ileng a e fuwa e ne e tswakilwe le nyooko le mira.

Matlotlo a Patilweng

w99 1/15 18 ¶11

Rapelang le Phahamisa Matsoho a Tshepahalang

11 Batho ba bangata ba rapella feela ho kopa ntho e itseng, empa lerato la rona ho Jehova Modimo le lokela ho re susumelletsa ho mo leboha le ho mo rorisa thapelong ya lekunutung le ya phatlalatsa. Pauluse o ile a ngola: “Le se ke la tshwenyeha ka ntho le ha e le efe, empa nthong e nngwe le e nngwe ka thapelo le thapedi ha mmoho le diteboho dikopo tsa lona tse matla a di tsebiswe Modimo; mme kgotso ya Modimo e fetang monahano ohle e tla lebela dipelo tsa lona le matla a lona a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:​6, 7) E, ho phaella dithapeding le dikopong tse matla, re lokela ho leboha Jehova bakeng sa ditlhohonolofatso tsa moya le tsa nama. (Diproverbia 10:​22) Mopesaleme o ile a bina: “O abele Modimo diteboho tsa hao, o lefe dikano tsa hao ho Mookamedi ya phahameng!” (Pesaleme ya 50:​14) mme pina ya thapelo ya Davida e ne e akarelletsa mantswe ana a amang maikutlo: “Ke tla rorisa lebitso la Modimo ka dithoko, ke le tumise ka dipoko.” (Pesaleme ya 69:​30) Na ha re a lokela ho etsa se tshwanang thapelong ya phatlalatsa le ya lekunutung?

LA 5-⁠11 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 70-⁠72

Bolella “Moloko o Tlang” ka Matla a Modimo

w99 9/1 18 ¶17

Batjha​—⁠Kwetlisang Matla a Lona a ho Lemoha!

17 Ho qoba maraba a Satane ho tla hloka hore o fadimehe o sa kgaotse​—⁠mme ka dinako tse ding, ho tla hloka sebete se sengata. Ka sebele, ka dinako tse ding o ka nna wa iphumana o hanyetsana le lefatshe lohle, eseng le dithaka tsa hao feela. Mopesaleme Davida o ile a rapela: “O tshepo ya ka, Wena Mmusi Morena Jehova, o kgodiseho ya ka ho tloha botjheng ba ka. Modimo, o nthutile ho tloha botjheng ba ka ho ya pele, mme ho fihlela jwale ke ntse ke bolela mesebetsi ya hao e hlollang.” (Pesaleme ya 71:​5, 17, NW) Davida o tsebahala ka ho ba sebete. Empa o ile a se hlaolela neng? E sa le motjha! Esita le pele ho ntwa ya hae e tummeng le Goliathe, Davida o ile a bontsha sebete se sa tlwaelehang ha a ne a sireletsa mohlape wa ntatae​—⁠a bolaya tau le bere. (1 Samuele 17:​34-37) Le ha ho le jwalo, Davida o ile a lebisa thoriso yohle ho Jehova bakeng sa sebete sefe kapa sefe seo a se bontshitseng, a mo bitsa ‘tshepo ya hae ho tloha botjheng ba hae ho ya pele.’ Ho tshepa Jehova ha Davida ho ile ha etsa hore a be le matla a ho sebetsana ka katleho le teko le ha e le efe eo a neng a tadimana le yona. Le wena o tla fumana hore haeba o tshepa Jehova, o tla o fa sebete le matla a ho ‘hlola lefatshe.’​—⁠1 Johanne 5:⁠4.

g04 10/8 17 ¶3

Re Lokela ho Tshwara Batho ba Hodileng Jwang?

Mopesaleme o ile a rapela: “O se ke wa ntahla nakong ya botsofadi; ha ke fellwa ke matla, o se ke wa ntlohela.” (Pesaleme ya 71:⁠9) Modimo ha a ‘lahle’ bahlanka ba hae ba tshepahalang, esita le haeba bona ba ikutlwa ba se ba se na molemo. Mopesaleme ha a ka a ikutlwa a lahlilwe ke Jehova; ho ena le hoo, o ile a lemoha hore o ne a tlameha ho itshetleha ka Mmopi wa hae le ho feta ha a ntse a tsofala. Jehova o arabela botshepehing bo jwalo ka ho fana ka tshehetso bophelong bohle ba motho. (Pesaleme ya 18:​25) Hangata tshehetso e jwalo e hlaha ho Bakrestemmoho le motho.

w14 1/15 23 ¶4-⁠5

Sebeletsa Jehova Pele Matsatsi a Tlokotsi a Tla

4 Haeba o motho e moholo ya nang le phihlelo, o lokela ho ipotsa potso ena ya bohlokwa, ‘Ke tla etsang hona jwale, ha ke sa ntse ke ena le matla le sehlahlo?’ Ka ha ke kgale o le Mokreste, o na le menyetla eo ba bang ba se nang yona. O ka ruta batjha seo o ithutileng sona ho Jehova. O ka matlafatsa ba bang ka hore o ba phetele diphihlelo tse thabisang tseo o bileng le tsona ha o ntse o sebeletsa Modimo. Morena Davida o ile a rapella monyetla o jwalo. O ile a ngola a re: “Modimo, o nthutile ho tloha botjheng ba ka . . . Esita le ho fihlela botsofading le bohloohoputsweng, Modimo, o se ke wa ntlohela, ho fihlela nka bolela letsoho la hao molokong, ke bolele ka matla a hao ho bohle ba tlang ho tla.”​—⁠Pes. 71:​17, 18.

5O ka etsang ho arolela ba bang bohlale boo o bo bokeletseng ho theosa le dilemo? Na o ka memela batjha ba sebeletsang Modimo ha hao hore le tlo thabela botswalle bo hahang? Na o ka ba kopa hore ba tsamaye le wena tshebeletsong ya Bokreste e le hore ba bone thabo eo o bang le yona ha o sebeletsa Jehova? Elihu wa mehleng ya boholoholo o ile a re: “Matsatsi a lokela ho bua, dilemo tse ngata ke tsona tse lokelang ho tsebahatsa bohlale.” (Jobo 32:⁠7) Moapostola Pauluse o ile a kgothalletsa basadi ba Bakreste ba hodileng hore ba kgothatse ba bang ka mantswe le ka diketso. O ile a ngola a re: “Basadi ba hodileng . . . e be mesuwe ya se molemo.”​—⁠Tite 2:⁠3.

Matlotlo a Patilweng

it-1-E 768

Noka ya Eufrate

Moedi wa Naha eo Baiseraele Ba Neng ba e Fuwe. Selekaneng seo Modimo a ileng a se etsa le Abrahama, o ile a tshepisa hore o tla fa bana ba Abrahama naha “ho tloha nokeng ya Egepeta ho ya nokeng e kgolo ya Eufrate.” (Ge 15:​18) Modimo o ile a boela a pheta tshepiso ena ho setjhaba sa Iseraele. (Ex 23:​31; De 1:​7, 8; 11:​24; Jos 1:⁠4) Lengolo la Dikronike tsa pele 5:⁠9 le re pele ho puso ya Davida ditloholo tsa Rubene di ile tsa eketsa sebaka seo di dulang ho sona hore se fihle “qalong ya lefeella nokeng ya Eufrate.” Le ha ho le jwalo, ka ha noka ya Eufrate e bohole ba dikhilomithara tse 800 ha o tloha “ka botjhabela ho Gileade” (1Kr 5:​10), taba ena e bolela hore Barubene ba ile ba eketsa naha ya bona ka botjhabela ho Gileade ho ya fihlela qetellong ya lehwatata la Siria, e leng lehwatata le tswelang pele ho ya fihla nokeng ya Eufrate. (RS e re, “ho ya fihla moo lehwatata le qalang teng ka nqena ho noka ya Eufrate”; JB yona e re “qalong ya lehwatata le fellang nokeng ya Eufrate.”) Ka hoo ho bonahala eka tshepiso ya Jehova e ile ya phethahala ka ho feletseng nakong ya puso ya Davida le Solomone ha meedi ya puso ya Iseraele e ne e eketseha, e akareletsa mmuso wa Zoba wa Maarame e bile o fihla nokeng ya Eufrate, karolong e ka leboya ya Siria. (2Sa 8:⁠3; 1Ma 4:​21; 1Kr 18:​3-⁠8; 2Kr 9:​26) Ka ha noka ya Eufrate e ne e tumme, hangata ha batho ba ne ba bua ka yona ba ne ba re feela ke “Noka.”​—⁠Jos 24:​2, 15; Ps 72:⁠8.

LA 12-18 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 73-⁠74

Re ka Etsang Haeba re Kgalla Batho ba sa Sebeletseng Modimo?

w20.12 19 ¶14

“Jehova . . . o Pholosa ba Sithabetseng”

14 Mongodi wa Pesaleme ya 73 e ne e le Molevi. Ka hoo, o ne a na le tlotla e ikgethang ya ho sebeletsa Jehova sebakeng sa hae sa borapedi. Empa ho na le nako eo ka yona a ileng a nyahama. Hobaneng? O ne a le mona ha a bona batho ba kgopo le ba ikgohomosang, eseng hobane a ne a batla ho tshwana le bona empa hobane ho ne ho bonahala ba phela ha monate. (Pes. 73:​2-9, 11-14) Ho ne ho bonahala e ka ba phela ha monate ebile ha ba na mathata. Ntho ena e ile ya etsa hore Molevi eo a nyahame haholo hoo a ileng a ba a re: “Ka sebele ke ha lefeela hore ebe ke hlwekisitse pelo ya ka le hore ebe ke hlatswa matsoho a ka ka ho hloka molato.” Ho hlakile hore ntho ena e ka be e entse hore a tlohele ho sebeletsa Jehova.

w20.12 19-20 ¶15-⁠16

“Jehova . . . o Pholosa ba Sithabetseng”

15 Bala Pesaleme ya 73:​16-19, 22-25. Molevi enwa o ile a kena ka “sehalalelong se seholo sa Modimo.” Ha a le moo a na le barapedi ba bang ba Jehova, o ile a kgona ho kgoba matshwafo, a nahana dintho hantle le ho rapela ka boemo ba hae. Ka mora ho etsa jwalo o ile a hlokomela hore monahano wa hae o ne o fosahetse le hore o ne a nkile tsela e neng e ka etsa hore setswalle sa hae le Jehova se senyehe. Hape o ile a hlokomela hore batho ba kgopo ba tla wa, hape “ba tla fela.” Molevi eo o ne a lokela ho bona dintho ka tsela eo Jehova a di bonang ka yona e le hore a tle a se ke a hlola a nyahama le ho monela batho ba kgopo. Ka mora hore a etse jwalo, ha a a ka a hlola a kgathatseha ebile o ile a thaba. O ile a re: “Ntle ho [Jehova] ha ho ntho e nngwe eo ke e thabelang lefatsheng.”

16 Re ithutang? Le ka mohla re se ke ra kgalla batho ba kgopo bao ho bonahalang e ka ba phela ha monate. Monate oo wa bona ke wa nakwana mme ha ba na bokamoso. (Moek. 8:​12, 13) Ha re ka ba kgalla, re tla nyahama re be re qetelle re se re sentse setswalle sa rona le Jehova. Ka hoo, haeba o ka iphumana o se o kgalla batho ba sa mameleng Modimo hobane o bona e ka ba phela ha monate, etsisa Molevi yane. Mamela keletso e ntle e tswang ho Modimo mme o qete nako o na le batho ba etsang thato ya Jehova. Ha o rata Jehova ho feta ntho le ha e le efe, o tla thaba ka ho sa feleng. Hape o tla dula o le tseleng e lebisang ‘bophelong ba sebele.’​—⁠1 Tim. 6:⁠19.

w14 4/15 4 ¶5

Etsisa Tumelo ya Moshe

5 O ka hanela teko ya ‘ho thabela sebe ka nakwana’ jwang? Le ka mohla o se ke wa lebala hore thabo e tliswang ke ho etsa sebe ke ya nakwana. Hopola hore “lefatshe le a feta mme ho jwalo le ka takatso ya lona.” (1 Joh. 2:​15-17) Nahana ka se tla etsahalla baetsadibe ba sa bakeng. Ba behilwe “fatshe moo ho thellang . . . ba fedisitswe ka matshabeho a tshohanyetso!” (Pes. 73:​18, 19) Ha o lekeha ho etsa se fosahetseng, ipotse, ‘Ke batla bokamoso bo jwang?’

w13 2/15 25-26 ¶3-⁠5

O se ke wa Dumella Letho ho o Sitisa ho Finyella Kganya

3 Mopesaleme o ile a bontsha hore o tshepa hore Jehova o tla mo tshwara ka letsoho le letona mme a mo ise kganyeng ya nnete. (Bala Pesaleme ya 73:​23, 24.) Jehova o etsa see jwang? O isa bahlanka ba hae ba ikokobeditseng kganyeng ka ho ba tlotla ka ditsela tse ngata. O ba hlohonolofatsa ka hore ba utlwisise thato ya hae. (1 Bakor. 2:⁠7) O fa batho ba mamelang lentswe la hae ba bile ba mo hlompha, tlotla ya ho ba le kamano e haufi le yena.​—⁠Jak. 4:⁠8.

4 Jehova o boetse o fa bahlanka ba hae letlotlo le kganyang la ho etsa mosebetsi wa boboledi. (2 Bakor. 4:​1, 7) Ho feta moo, mosebetsi ona o isa kganyeng. Jehova o etsa tshepiso e latelang ho batho ba sebedisang tlotla ya tshebeletso eo ba nang le yona hore ba mo rorise le hore ba tswele batho ba bang molemo: “Ba ntlhomphang ke tla ba hlompha.” (1 Sam. 2:​30) Batho ba jwalo ba fuwa tlotla ya hore ba iketsetse lebitso le letle ho Jehova, mme ho ka etsahala hore bahlanka ba bang ba Modimo ba ba bue hantle.​—⁠Diprov. 11:​16; 22:⁠1.

5 Batho ba ‘tshepang Jehova mme ba boloka tsela ya hae’ ba tla ba le bokamoso bofe? Ba fuwa tshepiso ena: “[Jehova] o tla o phahamisa hore o rue lefatshe. Ha ba kgopo ba fediswa, o tla ho bona.” (Pes. 37:​34) Ba lebelletse ho fuwa tlotla eo ho seng e ka bapiswang le yona ya ho fumana bophelo bo sa feleng.​—⁠Pes. 37:⁠29.

Matlotlo a Patilweng

it-2-E 240

Leviathane

Pesaleme ya 74 e hlalosa ka moo Modimo a pholosang batho ba hae ka teng. Ditemana tsa 13 le 14 di bontsha ka tsela ya tshwantshetso ka moo Modimo a ileng a pholosa setjhaba sa Iseraele ka teng naheng ya Egepeta. Ditemaneng tsena mantswe a reng “dibata tsa lewatle [ka Seheberu ke, than·ni·nimʹ, ha se le seng ke tan·ninʹ]” a ka boela a bolela “Leviathane.” Temaneng ya 14 polelwana e reng ho silakanya dihlooho tsa Leviathane e ka nna yaba e hlalosa nakong eo Faro le lebotho la hae ba neng ba hlolwa ha Baiseraele ba ne ba lokollwa Egepeta. Ha diphetolelo tsa Searame di bua ka “dihlooho tsa Leviathane” mona temaneng ya 14 di re ke “tse matla tsa Faro.” (Bapisa le Eze 29:​3-⁠5, moo Faro a tshwantshwang le “phoofolo e kgolohadi ya lewatle” e dulang dinokaneng tsa Nile; le Eze 32:⁠2.) Ho bonahala eka lengolo la Esaia 27:⁠1 le sebedisitse lentswe Leviathane (LXX, “drakone”) e le letshwao le emelang mmuso, e leng mokgatlo wa lefatsheng lohle o laolwang ke ya bitswang “noha” le “drakone.” (Tshe 12:⁠9) Boprofeta bona ke bo buang ka ho tsosolosa Iseraele, ka hoo ha Bibele e bua ka hore Jehova o tla ‘otla Leviathane’ e tlameha ebe e akareletsa Babilona. Le ha ho le jwalo, ditemana tsa 12 le 13 lengolong la Esaia 27 di kenyeleditse naha ya Asiria le ya Egepeta. Ka hoo, boemong bona ho a hlaka hore Leviathane e tshwantshetsa mokgatlo wa lefatsheng lohle kapa mmuso o kgahlanong le Jehova le barapedi ba hae.

LA 19-25 AUGUST

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 75-⁠77

Ke Hobaneng ha re sa Lokela ho Ikgohomosa?

w18.01 28 ¶4-⁠5

Phapang Pakeng Tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng

4 Ka mora hore Pauluse a re batho e ne e tla ba baithati le ba ratang tjhelete, o ile a re batho e ne e tla boela e be ba ikgopolang ho tlola, ba ikgohomosang, le ba ikgohomosang ka boikakaso. Batho ba nang le mekgwa ena ba rata ho roriswa mme hangata ba inkela hodimo ka lebaka la bokgoni ba bona, maruo esita le ka moo ba shebahalang ka teng. Setsebi se seng se ile sa hlalosa motho ya ikgohomosang ka tsela ena: “Ka pelong ya hae o inka e le modimo, jwalo ka ha eka ho na le aletare ya tshwantshetso eo a ithapelang ho yona.” Ho thahasellisang ke hore boikgohomoso bo tena esita le batho ba ikgohomosang ha ba bo bona ho batho ba bang.

5 Jehova o hloile boikgohomoso. Bibele e re o hloile “mahlo a iphahamisang.” (Diprov. 6:​16, 17) Motho ya ikgohomosang a ke ke a kgona ho atamela ho Modimo. (Pes. 10:⁠4) Boikgohomoso ke botho ba Diabolose. (1 Tim. 3:⁠6) Ka maswabi, ba bang ba bahlanka ba Jehova ba tshepahalang ba ile ba tshwaetswa ke lefu lena la boikgohomoso. Ka mohlala, Uzia morena wa Juda, o ile a tshepahala ka dilemo tse ngata. Empa Bibele e re ka yena: “Le ha ho le jwalo, hang ha a le matla, pelo ya hae ya ikgohomosa ho fihlela boemong ba ho baka tshenyo, hoo a ileng a etsa ka ho se tshepahale ho Jehova Modimo wa hae mme a kena ka tempeleng ya Jehova hore a tjhese dibano hodima aletare ya dibano.” Ha morao, Morena Ezekiase le yena o ile a wela lerabeng leo la ho ikgohomosa, le hoja e bile ka nakwana feela.​—⁠2 Dikron. 26:​16; 32:​25, 26.

w06 7/15 11 ¶3

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Boraro le ya Bone ya Dipesaleme

75:​4, 5, 10​—⁠Ho bolelwa eng ka lentswe lee “lenaka”? Manaka a phoofolo ke sebetsa se matla. Ka hoo, lentswe lena “lenaka” le tshwantshetsa matla kapa bonatla. Jehova o phahamisa manaka a batho ba hae, o etsa hore ba phahamiswe, empa o ‘poma manaka a ba kgopo.’ Re lemoswa hore re se ke ‘ra phahamisetsa manaka a rona hodimo,’ ke hore re se ke ra ikgohomosa kapa ra ikakasa. Ka ha Jehova ke yena ya phahamisang batho, mesebetsi ya boikarabelo e fumanwang ka phuthehong e lokela ho nkwa e tswa ho yena.​—⁠Pesaleme ya 75:⁠7.

Matlotlo a Patilweng

w06 7/15 11 ¶4

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Boraro le ya Bone ya Dipesaleme

76:10​—⁠“Kgalefo ya motho” e ka roka Jehova jwang? Ha Modimo a dumella batho hore ba re halefele ka hobane re le bahlanka ba hae, ho ka ba le diphello tse molemo. Bothata le ha e le bofe boo re ka thulanang le bona bo ka re kwetlisa ka tsela e itseng. Jehova o dumella bohloko hore feela bo re kwetlise. (1 Petrose 5:​10) ‘Modimo o itlama ka kgalefo e setseng ya motho.’ Ho thweng haeba re mamella ho fihlela re eshwa? Ho mamella hoo le hona ho ka roka Jehova hobane ba re bonang re tiisetsa ka botshepehi ba ka nna ba qala ho tlotlisa Modimo.

LA 26 AUGUST–LA 1 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG PESALEME YA 78

Ho se Tshepahale ha Baiseraele ho re Rutang

w96 12/1 29-⁠30

“Hopola Matsatsi a Fetileng”​—⁠Hobaneng?

Ka maswabi, hangata Baiseraele ba ne ba wela phosong ya ho lebala. Phello e bile efe? “Ba boela ba leka Modimo, ba halefisa Mohalaledi wa Iseraele. Ha ba ka ba hlola ba hopola letsoho la wona le ha e le letsatsi leo o ba lopolotseng direng ka lona.” (Pesaleme ya 78:​41, 42) Qetellong, ho lebala ha bona ditaelo tsa Jehova ho felletse ka hore a ba lahle.​—⁠Matheu 21:​42, 43.

Mohlala o motle o ile wa behwa ke mopesaleme ya ileng a ngola: “Ke hopola mesebetsi ya Morena, e, ke hopola dimakatso tsa hae, dimakatso tsa boholoholo. Ke nahana mesebetsi yohle ya hae, ke imamella diketso tsa hae tse kgolo.” (Pesaleme ya 77:​12, 13, BPN) Ho nahana jwalo ka ho thuisa ka tshebeletso e tshepahalang ya nakong e fetileng le diketso tse lerato tsa Jehova ho tla re neha tshusumetso e hlokahalang, kgothatso le kananelo. Hape, ho “hopola matsatsi a boholoholo” ho ka leleka mokgathala mme ho ka re susumelletsa ho etsa sohle seo re ka se kgonang le ho mamella ka botshepehi.

w06 7/15 17 ¶16

‘Le se ke la Korotla’

16 Ho korotla ho etsa hore re inahane borona feela le mathata a rona ebile ho etsa hore re hlokomolohe melemo e mengata eo re e fumanang jwalo ka Dipaki Tsa Jehova. E le hore re hlole tlwaelo ya ho belaela, re lokela ho dula re ikgopotsa melemo ena. Ka mohlala, e mong le e mong wa rona o na le tokelo e babatsehang ya ho bitswa ka lebitso la Jehova. (Esaia 43:​10) Re ka hlaolela ho ba le kamano e haufi le yena, mme ka nako le ha e le efe re ka kgona ho bua le “Ya Utlwang thapelo.” (Pesaleme ya 65:⁠2; Jakobo 4:⁠8) Bophelo ba rona bo na le morero wa sebele hobane re utlwisisa tseko ya bobusi ba bokahohleng ebile re hopola tokelo eo re nang le yona ya ho tshepahala ho Modimo. (Diproverbia 27:​11) Re ka kopanela ka mehla mosebetsing wa ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso. (Matheu 24:​14) Ho ba le tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste ho etsa hore re be le letswalo le hlwekileng. (Johanne 3:​16) Tsena ke ditlhohonolofatso tseo re di fumanang ho sa tsotellehe seo re lokelang ho se mamella.

w11 7/1 10 ¶3-⁠4

Na Jehova o na le Maikutlo?

Mopesaleme o re: “Ba ne ba mo fetohela hangata hakaakang lefeelleng!” (Temana ya 40) Temana e latelang e phaella ka ho re: “Ka makgetlokgetlo ba ne ba leka Modimo.” (Temana ya 41) Hlokomela hore mongodi o bontsha hore ba ne ba tlwaetse ho ba bafetohedi. Ba ile ba qala ho bontsha moya ona o mobe ha ba le lefeelleng nakwana ka mora hore ba lopollwe Egepeta. Batho ba ile ba qala ho korotlela Modimo mme ba ipotsa hore na o ne a ka kgona ho ba hlokomela le hore na o ne a ikemiseditse ho ba hlokomela. (Numere 14:​1-⁠4) Buka e fanang ka boitsebiso e sebediswang ke bafetoledi ba Bibele e re tsela e nngwe ya ho fetolela mantswe a reng “ba ne ba mo fetohela” e ka ba ‘ba ile ba thatafaletsa Modimo dipelo tsa bona’ kapa ‘ba ile ba re “Tjhe” ho Modimo.’ ” Le ha ho le jwalo, ka ha Jehova o mohau, o ne a tshwarela batho ba hae ha ba bontsha pako. Ho ntse ho le jwalo, ba ne ba kgutlela ditseleng tsa bona tsa kgale ebe ba boela ba mo fetohela mme tlwaelo eo ya bona e ne e sa kgaotse.​—⁠Pesaleme ya 78:​10-19, 38.

Jehova o ne a ikutlwa jwang nako le nako ha batho ba hae ba sa tshepahaleng ba mo fetohela? Temana ya 40 e re: “Ba [ne ba] mo utlwisa bohloko.” Phetolelo e nngwe e re ba ne “ba mo bakela mesarelo.” Buka e nngwe e fanang ka boitsebiso ba Bibele e hlalosa tjena: “Sena se bolela hore boitshwaro ba Baheberu bo ne bo utlwisa bohloko jwalo ka boitshwaro ba ngwana ya sa mameleng wa lerabele.” Feela jwalo ka ha ngwana ya sa laoleheng a ka bakela batswadi ba hae bohloko bo otlang pelo, le marabele a Baiseraele a ile a “utlwisa Mohalaledi wa Iseraele bohloko.”​—⁠Temana ya 41.

Matlotlo a Patilweng

w06 7/15 11 ¶5

Dintlhakgolo Tsa Buka ya Boraro le ya Bone ya Dipesaleme

78:​24, 25​—⁠Ke hobaneng ha manna a bitswa “dijothollo tsa lehodimo” le “bohobe ba mangeloi” ho ya ka Bibele​—⁠Phetolelo e Ntjha? Dipolelo tseo ka bobedi ha di bontshe hore manna e ne e le dijo tsa mangeloi. E ne e le “dijothollo tsa lehodimo” ka ha di ne di hlaha lehodimong. (Pesaleme ya 105:​40) Ka ha mangeloi kapa “ba matla,” a dula lehodimong, polelo ena e reng “bohobe ba mangeloi” e ka nna ya bolela feela hore bo ne bo fanwe ke Modimo, ya dulang lehodimong. (Pesaleme ya 11:⁠4) Hape e ka nna yaba Jehova o ile a sebedisa mangeloi hore a fe Baiseraele manna.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share