BATJHA BA A BOTSA
Bibele e ka Nthusa Jwang?—Karolo ya 3: Rua Molemo ha o Bala Bibele
Ha o sheba ka hare ho Bibele, ho ngotswe dintho tse ngata feela. O se ke wa nyahamiswa ke seo, ho e na le hoo o ka nka Bibele jwalo ka dijo tse ngata tse behilweng tafoleng. O ke ke wa ja ntho e nngwe le e nngwe e tafoleng empa o ka kgetha hore na o rata ho ja eng.
E le hore ho bala Bibele ho o tswele molemo, o lokela ho nahanisisa ka seo o se balang. Sehlooho sena se tla o thusa ho etsa jwalo.
Sehloohong sena
Ke hobaneng ha o lokela ho nahanisisa ka seo o se balang ka Bibeleng?
O tla rua molemo haholo ha o etsa boiteko ba ho bala Bibele. Nahana ka papiso ena: Ha o tshela tea bag ka hara metsi a belang nakwana, ha e loye empa ha o e tlohella nako e telele e loya hantle.
Ho a tshwana le ha o bala Bibele. Ho e na le ho e bala o potlakile, nahanisisa ka seo o se balang. Ke seo mongodi wa Pesaleme ya 119 a ileng a se etsa. Ha a bua ka molao wa Modimo, o ile a re: “Ke nahanisisa ka wona letsatsi lohle.”—Pesaleme ya 119:97.
Ke nnete hore sena ha se bolele hore o lokela ho qeta letsatsi lohle o ntse o bala le ho nahana ka Bibele. Taba ya bohlokwa ke hore mopesaleme o ne a ipha nako e itseng ho nahanisisa ka Lentswe la Modimo. Ho etsa jwalo ho ile ha mo thusa hore a etse diqeto tse nepahetseng.—Pesaleme ya 119:98-100.
“Mme wa ka o kile a re ho nna, ‘O na le matsatsi a supileng bekeng mme o ka etsa ntho e nngwe le e nngwe eo o e batlang ka wona. Hobaneng o sa behelle nako e itseng ka thoko bakeng sa Jehova? O tla be o entse ntho e nepahetseng!’”—Melanie.
Ha o dula o nahanisisa ka melaomotheo ya Bibele, o tla etsa diqeto tse nepahetseng. Ka mohlala, e ka o thusa ha o kgetha metswalle kapa ha o nahana ho etsa ntho e fosahetseng.
O ka rua molemo jwang ha o bala Bibele?
Rera hore na o tla etsang. Motjha ya bitswang Julia ha a fana ka keletso, o re: “Etsa kemiso ya ho bala Bibele mme e tla o thusa ho tseba hore na o tlo bala eng, o tlo e bala neng le hore o tla e bala hokae.”
Kgetha sebaka se loketseng sa ho bala. Gianna o re: “Kgetha sebaka se thotseng seo o ka ballang ho sona mme o tsebise ba lelapa leno ka kemiso ya hao ya ho bala Bibele e le hore ba se ke ba o tshwenya.”
Haeba o sebedisa sesebediswa sa elektronike se behe boemong boo se ke keng sa o sitisa ha melaetsa e ntse e kena. O ka leka ho bala Bibele e tshwarehang eseng e fonong. Ha e le hantle, dipatlisiso di bontsha hore ho se bale dintho fonong ho ka o thusa hore o utlwisise haholwanyane. Ho ekelletsa moo, ho ka ba thata ho tsepamisa mohopolo ha o balla fonong.
“Ho balla fonong ho a sokodisa. Ka dinako tse ding, melaetsa e a kena, beteri e a fela kapa Inthanete ha e sa sebetsa. Ha ke bala buka, ke tshwenyeha feela ka ho ba le kganya e lekaneng.”—Elena.
Qala ka thapelo. Kopa Jehova hore a o thuse ho utlwisisa seo o tlo se bala Bibeleng, ho se hopola le hore se o tswele molemo.—Jakobo 1:5.
E le hore o bontshe Jehova hore o fela o batla ho utlwisisa, o ka etsa dipatlisiso tse eketsehileng ka seo o se balang. O ka etsa seo jwang? Haeba o sebedisa JW Library app kapa o bala Bibele marangrang, o ka penya hodima temana mme wa fumana boitsebiso bo eketsehileng ka yona ha mmoho le dihlooho tse amanang le yona.
Botsa dipotso. Ka mohlala: ‘Ke ithuta eng ka Jehova tlalehong ee? Na e bontsha makgabane a hae ao nka a etsisang?’ (Baefese 5:1) ‘Ke ithuta eng tlalehong ee eo nka e sebedisang bophelong ba ka?’ (Pesaleme ya 119:105) ‘Na nka sebedisa seo ke ithutileng sona ho thusa batho ba bang?’—Baroma 1:11.
O ka boela wa ipotsa, ‘Seo ke se badileng se amana jwang le molaetsa wa Bibele?’ Potso eo ke ya bohlokwa haholo. Hobaneng? Hobane ntho e nngwe le e nngwe eo re e balang, ho tloha ho Genese ho ya ho Tshenolo, e amana ka tsela e itseng le molaetsa wa Bibele wa sehlooho. Molaetsa oo ke tsela eo Jehova a halaletsang lebitso la hae a sebedisa Mmuso wa hae o lehodimong. O boetse o akarelletsa le hore o na le tokelo ya ho busa mme tsela ya hae ya ho busa ke yona e nepahetseng.