DITEMANA TSA BIBELE DI A HLALOSWA
Luka 2:14—“Kgotso e be Hara Batho Bao [Modimo] a Kgahlwang ke Bona Lefatsheng”
“Ho roriswe Modimo ya mahodimong le batho bao a ba ratang lefatsheng ba be le kgotso.”—Luka 2:14, Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.
“Kganya e be ho Modimo bophahamong bo hodimo mme kgotso e be hara batho bao a kgahlwang ke bona lefatsheng.”—Luka 2:14, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.
Tlhaloso ya Luka 2:14
Mantswe ana a thoriso ao mangeloi a ileng a a bua ha Jesu a ne tswalwa, a bontsha hore batho ba behang tumelo ho Jesu ba tla amohelwa ke Modimo mme ba be le kgotso.
“Ho roriswe Modimo ya mahodimong.” Ha mangeloi a ne a bua mantswe ana, a ne a hatisa taba ya hore Modimo o tshwanelwa ke kganya yohle. Mantswe ana a boetse a bontsha hore tswalo ya Jesu le tshebeletso ya hae ha a ntse a le lefatsheng, di ne di tla tlisa thoriso bakeng sa lebitso la Jehovaa Modimo. Ka mohlala, ka mehla ha Jesu a ne a ruta o ne a dula a isa thoriso ho Modimo. O ile a re: “Seo ke se rutang ha se sa ka empa ke sa ya nthomileng.” (Johanne 7:16-18) Ha Jesu a ne a qeta ho etsa mehlolo, batho ba neng ba shebile ba ile “ba qala ho tlotlisa Modimo.” (Luka 5:18, 24-26; Johanne 5:19) Ha e le hantle le lefu la Jesu le tliseditse Modimo thoriso. Le butse monyetla wa hore Modimo a kgone ho phethahatsa morero wa hae wa ho tlatsa lefatshe ka batho ba lokileng le ba ratang kgotso.—Genese 1:28.
“Lefatsheng ba be le kgotso.” Kgotso ena ha se e tla ba teng hobane feela ho fedile dintwa. E akarelletsa kgutso e bang teng hobane motho a amohelwa ke Jehova. Sena se etsa hore re be le kamano e ntle le Modimo mme se kgoneha feela ka lebaka la lefu la Jesu. (Jakobo 4:8) Kaha Jesu ke Morena wa Mmuso wa Modimo, o tla tlisa kgotso e phethahetseng le e ke keng ya fela le ka mohla.—Pesaleme ya 37:11; Luka 1:32, 33.
“Batho bao a ba ratang.” Mantswe ana a bua ka batho bao Modimo a ba amohelang ka lebaka la tumelo ya nnete eo ba nang le yona ho yena le ho mora wa hae Jesu. Ha a bue ka lerato leo Modimo a ratang batho ka kakaretso ka lona ho sa tsotellehe hore na batho bao ba itshwere jwang, ba etsang kapa hona hore na ba tshwara batho ba bang jwang. Diphetolelo tse ding tsa Bibele tse kang ya Bibele ya Sesotho di fetoletse mantswe ana tjena: “Batho bao o kgahlwang ke bona.” Le ha ho le jwalo, diphetolelo tsa kgale tse tshepahalang tsa Segerike, di dumellana le tsela eo Phetolelo ya Lefatshe le Letjha le diphetolelo tse ding tsa maraorao di fetoletseng temana ena ka yona ha di re kgotso ena ke e fumanwang ke batho bao Modimo a ba amohelang.
Tlaleho ya Luka 2:14
Kgaolo ya bobedi ya lengolo la Luka e hlalosa dintho tse ileng tsa etsahala pele Jesu a tswalwa. Hang ka mora hore a tswalwe, lengeloi le ile la hlaha ho badisa “ba dulang naheng ba [lebetseng] mehlape ya bona bosiu.”b (Luka 2:4-8) Lengeloi leo le ile la bolella badisa bao molaetsa o monate le o thabisang, la re: “Kajeno le tswaletswe mopholosi motseng wa Davida, ke Kreste Morena wa lona.” (Luka 2:9-11) Badisa bao ba ile ba bolellwa hore na ba tla fumana lesea le sa tswa hlaha hokae mme ba ile ba boela ba bona lebotho la mangeloi le ntse le rorisa Modimo. Hanghang ha badisa ba fihla Bethlehema, ba ile ba fumana Maria le Josefa ha mmoho le lesea Jesu. (Luka 2:12-16) Ka mora ho phetela batho molaetsa oo ba o boleletsweng, ba ile ba kgutlela mehlapeng ya bona “ba ntse ba rorisa Modimo ka dintho tsohle tseo ba di utlwileng le ho di bona.”—Luka 2:17-20.
Shebella video e kgutshwanyane e latelang e akaretsang lengolo la Luka.
a Lebitso la Modimo ke Jehova. (Pesaleme ya 83:18) Sheba sehlooho se reng: “Jehova ke Mang?”
b Taba ya hore ebe badisa ba ne ba qetile bosiu ba le ka ntle e bontsha hore e ne e se mariha ha dintho tsena di etsahala. Ho ithuta ho eketsehileng ka taba ena, bala sehlooho se reng: “Jesu o Hlahile Neng?”