Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwbv sehlooho 40
  • Diproverbia 16:3—“Beha Mesebetsi ya Hao Atleng Tsa Morena”

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Diproverbia 16:3—“Beha Mesebetsi ya Hao Atleng Tsa Morena”
  • Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Tlhaloso ya Diproverbia 16:3
  • Tlaleho ya Diproverbia 16:3
  • Diproverbia 3:5, 6—“O se ke wa Itshetleha ka Kutlwisiso ya Hao”
    Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
  • Pesaleme ya 37:4—“Thabela Morena”
    Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
  • Diproverbia 17:17—“Motswalle o na le Lerato Kamehla”
    Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
  • Bafilipi 4:8—“Le dule le nahana ka dintho tsa nnete”
    Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
Bala Tse Ding
Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
ijwbv sehlooho 40

DITEMANA TSA BIBELE DI A HLALOSWA

Diproverbia 16:3​—“Beha Mesebetsi ya Hao Atleng Tsa Morena”

“Siya dintho tsohle tseo o di etsang matsohong a Jehova mme merero ya hao e tla atleha.”​—Diproverbia 16:​3, Bibele​—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

“Beha mesebetsi ya hao atleng tsa Morena mme merero ya hao e tla phethahala.”​—Diproverbia 16:​3, Bibele Phetolelo e Ntjha.

Tlhaloso ya Diproverbia 16:3

Maele ana a kgodisa batho ba rapelang Modimo wa nnete hore merero ya bona e tla atleha, haeba ba mo tshepa ebile ba batla tataiso ya hae le ho e latela.

“Siya dintho tsohle tseo o di etsang matsohong a Jehova.” Pele barapedi ba Jehovaa ba etsa diqeto, ka boikokobetso ba kopa tataiso ya hae. (Jakobo 1:5) Hobaneng? Lebaka le leng ke hore hangata batho ha ba kgone ho laola dintho tse ba hlahelang bophelong. (Moeklesia 9:​11; Jakobo 4:​13-15) Hape ho ka etsahala hore ba se ke ba eba le bohlale ba ho phetha merero ya bona. Ka mabaka ana, batho ba bangata ba nka e le bohlale ho tshepa Modimo ha ba ena le dintho tseo ba batlang ho di etsa. Ba etsa jwalo ka hore ba mo rapele ba kope tataiso le ho etsa dintho tumellanong le se ngotsweng ka Lentsweng la hae, e leng Bibele.​—Diproverbia 3:​5, 6; 2 Timothea 3:​16, 17.

Polelo e reng “beha mesebetsi ya hao atleng tsa Morenab” e bolela hore “o rolele ditaba tsohle tsa hao ho Morena.” Buka e nngwe ya dipatlisiso e bontsha hore polelwana ena e ka fana ka kutlwisiso ya hore “monna o fetisetsa mojaro wa hae ho e mong ya matla ho mo feta ya bileng a ka kgonang ho jara mojaro oo ha molemo.” Batho bohle bao ka boikokobetso ba itshetlehang ka Modimo ba ka kgodiseha hore o tla ba thusa a be a ba tshehetse.​—Pesaleme ya 37:5; 55:22.

Polelo e reng “dintho tsohle tseo o di etsang” ha e bolele hore Modimo o amohela kapa o hlohonolofatsa merero yohle eo batho ba ka bang le yona. Ho fumana tlhohonolofatso ya Jehova, merero ya batho e lokela ho dumellana le melaomotheo ya hae hammoho le thato ya hae. (Pesaleme ya 127:1; 1 Johanne 5:​14) Modimo ha a hlohonolofatse batho ba sa mo mameleng. Ha e le hantle, “o senya merero ya ba kgopo.” (Pesaleme ya 146:9) Ka nako e tshwanang, o tshehetsa bohle ba ikokobelletsang yena ka hore ba hlomphe melaomotheo ya hae e ka Bibeleng.​—Pesaleme ya 37:23.

“Mme merero ya hao e tla atleha.” Diphetolelo tse ding ha di fetolela polelo ena, di re “merero ya hao e tla tiya.” Ka Mangolong a Seheberu, ao batho ba bangata ba a tsebang e le Testamente ya Kgale, lentswe le fetoletsweng ka Sesotho e le “tiya” le fetisa mohopolo wa ho etsa motheo, oo hangata o bolelang dintho tse tsitsitseng tseo Modimo a di bopileng. (Diproverbia 3:​19; Jeremia 10:​12) Ka ho tshwanang, Modimo o tla tiisa merero ya batho ba etsang dintho tse lokileng mahlong a hae, a be a ba thuse ho sireletseha le ho thabela bophelo.​—Pesaleme ya 20:4; Diproverbia 12:3.

Tlaleho ya Diproverbia 16:3

Maele ana a ngotswe ke Morena Solomone, mme o ngotse karolo e kgolo ya buka ya Diproverbia. O ne a tseba maele a diketekete hobane Modimo o ne a mo file bohlale.​—1 Marena 4:​29, 32; 10:​23, 24.

Kgaolong ya 16, Solomone o qala ka ho rorisa bohlale ba Modimo le ho bontsha hore Modimo ha a rate batho ba ikgohomosang. (Diproverbia 16:​1-5) Ha kgaolo ena e ntse e tswela pele, e thusa mmadi ho utlwisisa nnete e iphetang hangata bukeng ena ya Diproverbia, ya hore batho ba ka ba bohlale e le ka nnete ba ba ba atleha ha feela ba ikokobelletsa Modimo ba bile ba mo dumella hore a ba tataise. (Diproverbia 16:​3, 6-8, 18-23) Nnete ena ya bohlokwa e phetwa hangata ka Bibeleng.​—Pesaleme ya 1:​1-3; Esaia 26:3; Jeremia 17:​7, 8; 1 Johanne 3:22.

Bala Diproverbia kgaolo ya 16 Bibeleng ya Bibele Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Mangolo a Halalelang. Ho bonolo ho utlwisisa Bibele ena. E na le ditlhaloso tsa mantswe, dimmapa ebile o ka kgona ho e mamela.

Shebella video ena e kgutshwanyane ya selelekela sa buka ya Diproverbia.

a Jehova ke lebitso la Modimo. (Pesaleme ya 83:​18) Bala sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”

b Diphetolelo tse ngata tsa Bibele di sebedisa lentswe Morena ho ena le ho sebedisa lebitso la Modimo. E le hore re bone hore na hobaneng ha sena se ka ferekanya babadi ba Bibele, bala sehlooho se reng “Esaia 42:8​—‘Ke Nna Morena’ ” lethathamong la dihlooho tsena.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela