Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwbv sehlooho 45
  • Pesaleme ya 37:4—“Thabela Morena”

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Pesaleme ya 37:4—“Thabela Morena”
  • Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Pesaleme ya 37:4 e bolelang?
  • Ditemana tse potolohileng Pesaleme ya 37:4
  • Diproverbia 16:3—“Beha Mesebetsi ya Hao Atleng Tsa Morena”
    Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
  • Pesaleme ya 46:10—“Tlohelang, Mme le Tsebe Hoba ke Nna Modimo”
    Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
  • Sontaha
    Lenaneo la Kopano ya 2020
  • Modimo o na le Mabitso a Makae?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
ijwbv sehlooho 45

DITEMANA TSA BIBELE DI A HLALOSWA

Pesaleme ya 37:4​—⁠“Thabela Morena”

“Jehova o tla etsa hore o thabe haholo, o tla o fa dintho tseo pelo ya hao e di batlang.”​—⁠Pesaleme ya 37:​4, Bibele​—⁠Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

“Thabela Morena, mme o tla o nea tse lakatswang ke pelo ya hao.”​—⁠Pesaleme ya 37:4, Phetolelo e Ntjha.

Pesaleme ya 37:4 e bolelang?

Mopesaleme o hlalosa hore bahlanka ba Modimo ba a thaba hobane e le metswalle ya Hae e haufi. Ka hona, bohle ba thabelang setswalle seo ba ka kgodiseha hore Jehovaa Modimo o tla ba fa dintho tseo ba di batlang tse tumellanong le thato ya hae.

“Jehova o tla etsa hore o thabe haholo.” Ka mantswe a bonolo, re lokela ho thabiswa ke ho sebeletsa Modimo wa nnete. (Pesaleme ya 37:4) Ke hobaneng ha re tjho jwalo?

Batho ba sebeletsang Jehova ba sheba ditaba ka tsela eo Jehova a di shebang ka yona jwalo ka ha ho bontshwa ka Bibeleng. Ba tseba Modimo ebile ba a tseba hore ha ba mo mamela ba tla ba bohlale. Ka hoo, ba na le letswalo le hlwekileng ebile ba qoba mathata a mangata. (Diproverbia 3:​5, 6) Ka mohlala, ha ba halefe kapa ho monela batho ba sa tshepahaleng le ba meharo ha ba atleha bophelong. (Pesaleme ya 37:​1, 7-⁠9) Batho ba Modimo ba thabiswa ke ho tseba hore haufinyane o tla fedisa ho hloka toka mme a putse batho ba tshepahalang ka lebaka la boitshwaro ba bona bo botle. (Pesaleme ya 37:​34) Ba boetse ba thabiswa ke ho tseba hore ba thabisa Ntate wa bona ya lehodimong.​—⁠Pesaleme ya 5:​12; Diproverbia 27:⁠11.

“O tla o fa dintho tseo pelo ya hao e di batlang.” Mantswe ana a ka boela a fetolelwa e le “o tla araba dithapelo tsa lona” kapa e le “o tla le fa dintho tseo le di labalabelang.” Ke nnete hore Jehova a ke ke a re fa ntho e nngwe le e nngwe eo re e kopang. Jwalo ka motswadi ya lerato, Jehova o a tseba hore na ke dintho dife tseo bana ba Hae ba di hlokang. Ka hoo, dithapelo tsa rona le tsela eo re phelang ka yona di lokela ho dumellana le melaomotheo le thato ya hae. (Diproverbia 28:⁠9; Jakobo 4:⁠3; 1 Johanne 5:​14) Ha re etsa jwalo re tla atamela “Ya Utlwang thapelo” re kgodisehile hore o tla re utlwa.​—⁠Pesaleme ya 65:⁠2; Matheu 21:⁠22.

Ditemana tse potolohileng Pesaleme ya 37:4

Pesaleme ya 37 e qapuwe ke Morena Davida. O ngotse pesaleme ena a sebedisa tatellano ya ditlhaku tsa alfabete ya Seheberu.b

Batho ba bangata ba ne ba sa tshware Davida hantle. Morena Saule le batho ba bang ba ne ba batla ho mo bolaya. (2 Samuel 22:⁠1) Ho ntse ho le jwalo, Davida o ne a tshepile Modimo ka pelo yohle. Davida o ne a tseba hore Jehova o tla fedisa ba kgopo. (Pesaleme ya 37:​10, 11) Le hoja ho ne ho bonahala eka ba atleha jwalo ka “jwang bo botjha bo botala” ba ne ba tla fediswa.​—⁠Pesaleme ya 37:​2, 20, 35, 36.

Pesaleme ya 37 e bontsha se tla etsahalla batho ba mamelang melaomotheo ya Modimo le ba sa e mameleng. (Pesaleme ya 37:​16, 17, 21, 22, 27, 28) Ho feta moo, pesaleme ena e re thusa bona hore na ke jwang re ka bang bohlale le ho ba batho bao Modimo a ba amohelang.

Bala Pesaleme ya 37 Bibeleng ya Bibele​—⁠Phetolelo ya Lefatshe le Letjha. Ho bonolo ho utlwisisa Bibele ena, e na le ditlhaloso tsa mantswe, dimmapa ebile o kgona ho e mamela.

Shebella video ya selelekela sa buka ya Pesaleme.

a Jehova ke lebitso la Modimo. E le hore o bone hore na ke hobaneng ha di Bibele tse ngata di sa sebedise lebitso la Modimo, bala sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”

b Tsela eo pesaleme ena e ngotsweng ka yona, ditemaneng tse qalang ho sebedisitswe alfabete e qalang ya Seheberu, tse latelang ha sebediswa alfabete ya bobedi, jwalo jwalo. Sena se ne se thusa babadi hore ba hopole pesaleme ena.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela