LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w23 June maq. 8-13
  • Itokisetse Letsatsi la Jehova

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Itokisetse Letsatsi la Jehova
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • LETSATSI LA JEHOVA LE TLA FIHLA JWANG?
  • KE BOMANG BA KE KENG BA PHOLOHA LETSATSI LA JEHOVA?
  • RE KA ETSANG E LE HORE RE ITOKISETSE LETSATSI LA JEHOVA?
  • “ETSANG BONNETE BA HORE DINTHO TSOHLE DI NEPAHETSE”
  • Jehova o Tla o Sireletsa Jwang?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
w23 June maq. 8-13

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 26

Itokisetse Letsatsi la Jehova

“Letsatsi la Jehova le tla tla feela jwalo ka leshodu bosiu.”—1 BATHES. 5:2.

PINA YA 143 Dulang le Sebetsa le Bile le Letile

SEO RE TLO ITHUTA SONAa

1. Re lokela ho etsang e le hore re pholohe letsatsi la Jehova?

HA BIBELE e bua ka “letsatsi la Jehova,” e bua ka nako eo Jehova a tla fedisa dira tsa hae le ho pholosa batho ba hae. Nakong e fetileng Jehova o ile a fana ka dikahlolo. (Esa. 13:1, 6; Ezek. 13:5; Sof. 1:8) Mehleng ena “letsatsi la Jehova” le tla qala ha baetapele ba dipolotiki ba hlasela Babilona e moholo mme le fele ka ntwa ya Armagedone. Re lokela ho itokisa hona jwale e le hore re pholohe “letsatsi” leo. Jesu o ile a re ha re a lokela ho itokisetsa “mahlomola a maholo” feela empa re boetse re lokela ho ‘dula re itokisitse.’—Mat. 24:21; Luka 12:40.

2. Lengolo la 1 Bathesalonika le ka re thusa jwang?

2 Lengolong la pele leo moapostola Pauluse a ileng a le ngolla Bathesalonika, o ile a etsa dipapiso tse ngata ho thusa Bakreste hore ba itokisetse letsatsi le leholo la Jehova la kahlolo. Pauluse o ne a tseba hore letsatsi la Jehova le ne le ke ke la fihla ka yona nako eo. (2 Bathes. 2:1-3) Le ha ho le jwalo, o ile a ba kgothaletsa hore ba itokisetse letsatsi leo jwalo ka ha eka le ne le tla fihla letsatsing le hlahlamang mme le rona re ka sebedisa keletso ya hae. A re boneng hore na o ile a hlalosa dintlha tse latelang jwang: (1) Letsatsi la Jehova le tla fihla jwang? (2) Ke bomang ba ke keng ba pholoha letsatsi leo? (3) Re ka itokisetsa ho pholoha letsatsi leo jwang?

LETSATSI LA JEHOVA LE TLA FIHLA JWANG?

Ditshwantsho: 1. Moapostola Pauluse o ngola moqolong. 2. Ha monna e mong a ntse a robetse bosiu, leshodu le kena ha hae le nyonyoba.

Ha moapostola Pauluse a ngola lengolo la 1 Bathesalonika,o ile a etsa dipapiso tse ka re thusang (Sheba serapa sa 3)

3. Letsatsi la Jehova le tshwana le leshodu le tlang bosiu ka tsela efe? (Sheba setshwantsho.)

3 “Jwalo ka leshodu bosiu.” (1 Bathes. 5:2) Papiso ena ke ya pele ho tse tharo tseo Pauluse a di entseng ho hlalosa hore na letsatsi la Jehova le ne le tla fihla jwang. Hangata ha mashodu a utswa, a etsa dintho kapele nakong eo batho ba ntseng ba robetse bosiu. Ka ho tshwanang, letsatsi la Jehova le tla fihla ka tshohanyetso batho ba bangata ba sa lebella. Bakreste ba nnete le bona ba ka nna ba makatswa ke tsela eo dintho di tla etsahala kapele ka yona. Empa ntho e thabisang ke hore re tla pholoha ha batho ba kgopo ba fediswa.

4. Letsatsi la Jehova le tshwana le mahlaba a pelehi ka tsela efe?

4 “Jwalo ka ha mosadi wa moimana a tlelwa ke mahlaba a pelehi ka tshohanyetso.” (1 Bathes. 5:3) Mosadi wa moimana ha a tsebe nako eo a tla beleha ka yona empa o a tseba hore jwang kapa jwang o tla beleha. Nako eo e ka fihla ka tshohanyetso mme a ba le mahlaba a bohloko ao a ke keng a a qoba. Ka ho tshwanang, le rona ha re tsebe nako eo letsatsi la Jehova le tla fihla ka yona. Empa re kgodisehile hore letsatsi leo le a tla le hore Modimo o tla fedisa batho ba kgopo ka tshohanyetso.

5. Mahlomola a maholo a tshwana le nako ya meso ka tsela efe?

5 Jwalo ka nakong ya meso. Pauluse o boetse o bua ka mashodu a utswang bosiu papisong ya hae ya boraro. Empa lekgetlong lena Pauluse o bapisa letsatsi la Jehova le nakong ya meso. (1 Bathes. 5:4) Mashodu a utswang bosiu a ka phathahana ka ho utswa dintho tse ngata hoo a ka se hlokomeleng hore a fellwa ke nako. Letsatsi le ka tjhaba a sa hlokomele yaba a a pepeseha. Ka ho tshwanang, mahlomola a maholo a tla pepesa batho ba tshwanang le mashodu ao, ba tswelang pele ho etsa dintho tse sa thabiseng Modimo. Ho fapana le bona, re ka itokisetsa letsatsi la Jehova ka hore re qobe ho etsa dintho tse sa mo thabiseng mme re etse “mefuta yohle ya dintho tse molemo, tse lokileng le tsa nnete.” (Baef. 5:8-12) Ha morao Pauluse o ile a etsa dipapiso tse pedi tse hlalosang hore na ke bomang ba ke keng ba pholoha.

KE BOMANG BA KE KENG BA PHOLOHA LETSATSI LA JEHOVA?

6. Batho ba bangata ba robetse ka tsela efe? (1 Bathesalonika 5:6, 7)

6 “Ba robalang.” (Bala 1 Bathesalonika 5:6, 7.) Pauluse o ile a bapisa batho ba ke keng ba pholoha letsatsi la Jehova le batho ba robetseng ka ha ha ba tsebe dintho tse etsahalang ebile ha ba hlokomele hore nako e ntse e tsamaya. Ka hoo, ha ba bone ha ho etsahala dintho tsa bohlokwa ebile ha ho na letho leo ba le etsang ha di etsahala. Batho ba bangata mehleng ena le bona ba robetse ka tsela ya tshwantshetso. (Bar. 11:8) Ha ba dumele bopaki bo bontshang hore re phela “mehleng ya bofelo” le hore haufinyane mahlomola a maholo a tla qala. Ha ho etsahala diphetoho tse kgolo lefatsheng, batho ba bang ba batla ho mamela molaetsa wa Mmuso. Le ha ho le jwalo, bongata ba bona ba kgutlela borokong ho ena le hore ba dule ba fadimehile. Le hoja batho ba bang ba dumela hore ho tla ba le letsatsi la kahlolo, ba nahana hore le sa le hole. (2 Pet. 3:3, 4) Le ha ho le jwalo, ke ha bohlokwa hore re dule re fadimehile letsatsi le letsatsi.

7. Batho bao Modimo a tla ba fedisa ba tshwana jwang le ba tahilweng?

7 “Ba tahwang.” Moapostola Pauluse o ile a bapisa batho bao Modimo a tla ba fedisa le matahwa. Batho ba tahilweng ba dieha ho hlokomela dintho tse etsahalang ebile ba etsa diqeto tse fosahetseng. Ka ho tshwanang, batho ba kgopo ha ba mamele ha Modimo a ba lemosa, ho ena le hoo ba kgetha ho phela ka tsela e tla etsa hore ba fediswe. Empa Bakreste ba eletswa hore ba hlaphohelwe kelellong. (1 Bathes. 5:6) Ho ya ka setsebi se seng sa Bibele, ho hlaphohelwa kelellong hoo ke ho ba “le kelello e sa ferekanang le e tsitsitseng, e sekasekang le e hakanyang dintho hantle, eo ka hona e re thusang ho etsa diqeto tse nepahetseng.” Ke hobaneng ha re lokela ho hlaphohelwa kelellong? Seo se tla re thusa hore re se ke ra kenella dipolotiking le ho batla ho rarolla mathata a setjhaba. Ha letsatsi la Jehova le ntse le atamela, ho tla ba thata le ho feta hore re se ke ra kenella dinthong tsena. Ka hoo, ha re a lokela ho tshwenyeha ka hore na re tla etsang ha re eba boemong boo. Moya wa Modimo o tla re thusa hore re be le dikelello tse hlaphohetsweng le hore re etse diqeto tse nepahetseng.—Luka 12:11, 12.

RE KA ETSANG E LE HORE RE ITOKISETSE LETSATSI LA JEHOVA?

Lesole la Moroma le apereng dihlomo tsohle tsa ntwa le eme monyakong wa tente. Ka mora lona ke masole a mang a sa aparang dihlomo tsa ntwa, a ntseng a nwa le ho ithabisa.

Le hoja batho ba bangata ba sa tsotelle letsatsi la Jehova le tlang, rona re dula re itokiseditse lona ka hore re apare tshireletso ya sefuba ya tumelo le lerato le helmete ya tshepo (Sheba serapa sa 8 le 12)

8. Ho ya ka 1 Bathesalonika 5:8 ke makgabane afe a tla re thusa hore re dule re fadimehile le ho hlaphohelwa dikelellong? (Sheba setshwantsho.)

8 “Re apare tshireletso ya sefuba . . . le . . . helmete.” Pauluse o re bapisa le masole a apereng diaparo tsa ntwa. (Bala 1 Bathesalonika 5:8.) Lesole le lokela ho dula le itokiseditse ho lwana ka dinako tsohle. Ho jwalo le ka rona. Re dula re itokiseditse letsatsi la Jehova ka ho apara tshireletso ya sefuba ya tumelo le lerato le helmete ya tshepo. Ho ba le makgabane ana ho ka re thusa haholo.

9. Ho ba le tumelo ho re sireletsa jwang?

9 Tshireletso ya sefuba e ne e sireletsa pelo ya lesole. Ka ho tshwanang, ho ba le tumelo le lerato ho sireletsa dipelo tsa rona tsa tshwantshetso. Makgabane ana a tla re thusa hore re tswele pele ho sebeletsa Modimo le ho latela Jesu. Ho ba le tumelo ho re fa kgodiseho ya hore Jehova o tla re putsa haeba re mo batla e le ka nnete. (Baheb. 11:6) Ho tla re thusa hore re dule re tshepahalla Moetapele wa rona Jesu le ha re ena le mathata. Re ka matlafatsa tumelo ya rona e le hore re mamelle mathata ka hore re ithute mehlaleng ya bara le baradi ba bo rona ba mehleng ena, ba ileng ba tshepahala le ha ba hloriswa kapa ba ena le mathata a ditjhelete. Re ka boela ra qoba kotsi ya ho rata tjhelete le ho ba le dintho tse ngata ka hore re etsise batho ba ileng ba fokotsa dintho tseo ba neng ba ena le tsona e le hore ba behe Mmuso pele.b

10. Ho rata Modimo le batho ba bang ho re thusa jwang hore re mamelle?

10 Ke ha bohlokwa hore re be le lerato e le hore re dule re fadimehile le ho hlaphohelwa kelellong. (Mat. 22:37-39) Ho rata Modimo ho re thusa hore re mamelle ha re ntse re etsa mosebetsi wa boboledi le hoja re ka hlahelwa ke mathata. (2 Tim. 1:7, 8) Ka ha re rata le batho ba sa sebeletseng Jehova, re dula re ba bolella ditaba tse monate ebile re a ba founela le ho ba ngolla mangolo ho ba bolella molaetsa oo. Re dula re ena le tshepo ya hore ka le leng batho bao ba tla fetoha, ba etse dintho tse nepahetseng.—Ezek. 18:27, 28.

11. Ho rata Bakrestemmoho le rona ho re thusa hore re etseng? (1 Bathesalonika 5:11)

11 Re rata Bakrestemmoho le rona. Re bontsha hore re a ratana ka “ho kgothatsana le ho matlafatsana.” (Bala 1 Bathesalonika 5:11.) Re a kgothatsana jwalo ka masole a lwanang ntweng. Ha masole a le ntweng, ho ka etsahala hore le leng le lematse lesolemmoho le lona empa e se ka boomo. Ka ho tshwanang, re ke ke ra utlwisa bara le baradi ba bo rona bohloko ka boomo kapa ra iphetetsa ha ba re utlwisitse bohloko. (1 Bathes. 5:13, 15) Hape re bontsha hore re rata bara ba bo rona ba etellang pele phutheho ka ho ba hlompha. (1 Bathes. 5:12) Ha Pauluse a ngola lengolo lena, phutheho ya Thesalonika e ne e ena le selemo e thehilwe. E ka nna yaba baholo ba phutheho eo ba ne ba se na boiphihlelo, ka hoo ka dinako tse ding ba ne ba etsa diphoso. Le ha ho le jwalo, phutheho e ne e lokela ho ba hlompha. Ha mahlomola a maholo a ntse a atamela, re tlo hloka ho mamela ditaelo tse tswang ho baholo le ho feta. Ho ka etsahala hore re se ke ra fumana tataiso e tswang ho bara ba bo rona ba ntlokgolo le ba ofising ya lekala, ke ka hoo ho leng bohlokwa hore re rate baholo hona jwale le ho ba hlompha. Ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahalang, a re duleng re hlaphohetswe dikelellong ka hore re se ke ra sheba diphoso tsa bara ba bo rona bana ba tshepahalang empa re dule re hopola hore Jehova o a ba tataisa a sebedisa Kreste.

12. Tshepo eo re nang le yona e sireletsa tsela eo re nahanang ka yona jwang?

12 Feela jwalo ka ha helmete e sireletsa hlooho ya lesole, tshepo eo re nang le yona e sireletsa tsela eo re nahanang ka yona. E re thusa ho hlokomela hore dintho tseo lefatshe lena le fanang ka tsona ha di na thuso. (Bafil. 3:8) Tshepo eo e re thusa hore re dule re kgobile matshwafo. Morabo rona Wallace le Moradi wa bo rona Laurinda ba sebeletsang Afrika ba ile ba bona hore taba eo ke nnete. Dibekeng tse tharo feela, Morabo rona Wallace o ile a hlokahallwa ke ntate wa hae mme Moradi wa bo rona Laurinda a hlokahallwa ke mme wa hae. Ha ba a ka ba kgona ho ya hae ho ba le ba malapa a bona ka lebaka la sewa sa COVID-19. Morabo rona Wallace o re: “Tshepo ya tsoho e nthusa hore ke se ke ka nahana ka hore na ba ne ba le jwang pele ba hlokahala empa ke nahane ka tsela eo ba tla ba ka yona ha ba se ba tsositswe lefatsheng le letjha. Tshepo ena e nthusa hore ke kgobe matshwafo ha ke utlwile bohloko ka lebaka la ho lahlehelwa ke bona.”

13. Re ka etsang e le hore re fumane moya o halalelang?

13 “Le se ke la sitisa moya wa Modimo hore o sebetse ho lona.” (1 Bathes. 5:19) Pauluse o ile a re moya o halalelang o sebetsa ho rona. Haeba re sa sitise moya wa Modimo hore o sebetse ho rona, re tla ba le matla a ho etsa dintho tse nepahetseng le ho sebeletsa Jehova ka mafolofolo. (Bar. 12:11) Re ka etsang e le hore re fumane moya o halalelang? Re ka kopa hore Jehova a re fe wona, ra ithuta Lentswe la hae le ho sebedisana le mokgatlo wa hae o tataiswang ke moya o halalelang. Ho etsa jwalo ho tla re thusa hore re be le “ditholwana tse behwang ke moya o halalelang.”—Bagal. 5:22, 23.

Ditshwantsho: 1. Morabo rona o bala Bibele. 2. Morabo rona eo o tshimong le mosadi wa hae.

Ipotse, ‘Na dintho tseo ke di etsang di a bontsha hore ke batla ho fumana moya o halalelang wa Modimo?’ (Sheba serapa sa 14)

14. Ke eng eo re lokelang ho e qoba e le hore re dule re fumana moya wa Modimo o halalelang? (Sheba setshwantsho.)

14 Ha re a lokela ho ‘sitisa moya wa Modimo hore o sebetse ho rona’ ha Modimo a se a re file wona. Ke batho ba nahanang dintho tse nepahetseng le ba itshwereng hantle feela bao Modimo a ba fang moya wa hae o halalelang. A ka kgaotsa ho re fa moya wa hae o halalelang haeba re nahana ka dintho tse fosahetseng ebile re di etsa. (1 Bathes. 4:7, 8) E le hore re nne re fumane moya o halalelang, ha re a lokela ho “bua hampe ka boprofeta.” (1 Bathes. 5:20) Temaneng ena lentswe “boprofeta” le bolela melaetsa eo Jehova a re fang yona a sebedisa moya wa hae o halalelang. Melaetsa eo e akareletsa e buang ka letsatsi la Jehova le ka moo le potlakileng ka teng mehleng ena. Ha re a lokela ho nahana hore letsatsi la Jehova kapa Armagedone e ke ke ya tla mehleng ena eo re phelang ho yona. Ho ena le hoo, re bontsha hore re lebeletse hore le tla tla haufinyane ebile re dula re nahana ka lona ka hore re tswele pele ho “sebeletsa Modimo ka botshepehi” letsatsi le letsatsi le ka ho dula re itshwere hantle.—2 Pet. 3:11, 12.

“ETSANG BONNETE BA HORE DINTHO TSOHLE DI NEPAHETSE”

15. Re ka etsang e le hore re se ke ra kgeloswa ke ditaba tseo eseng tsa nnete le tse susumetswang ke bademona? (1 Bathesalonika 5:21)

15 Haufinyane bahanyetsi ba Modimo ba tla etsa phatlalatso e reng: “Kgotso le tshireletseho!” (1 Bathes. 5:3) Dipolelo tse susumetswang ke bademona di tla tlala lefatsheng lohle e le hore di kgelose batho ba bangata. (Tshen. 16:13, 14) Ho tla etsahalang ka rona? Re ke ke ra kgeloswa haeba re ‘etsa bonnete ba hore dintho tsohle di nepahetse.’ (Bala 1 Bathesalonika 5:21.) Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “etsang bonnete” le ne le sebediswa ha ho hlahlojwa hore na dintho tsa bohlokwa tse kang kgauta le silevera ke tsa nnete. Ka hoo, re lokela ho dula re hlahloba hore na dintho tseo re di utlwang kapa tseo re di balang ke nnete. Ho ne ho le bohlokwa hore Bathesalonika ba etse jwalo mme ke ha bohlokwa le ho feta hore le rona re etse jwalo ka ha mahlomola a maholo a ntse a atamela. Ho ena le hore re dumele ntho e nngwe le e nngwe eo batho ba bang ba e buang, re bapisa dintho tseo re di balang le tseo re di utlwang le seo Bibele le mokgatlo wa Jehova o se buang. Ha re etsa jwalo, re ke ke ra kgeloswa ke dipolelo tse susumetswang ke bademona.—Diprov. 14:15; 1 Tim. 4:1.

16. Keng eo re tla e fumana haeba re dula re tshepahala, hona re ikemiseditse ho etsang?

16 Re a tseba hore bahlanka ba Modimo ba tla pholoha nakong ya mahlomola a maholo. Le ha ho le jwalo, ha re tsebe hore na ho tla etsahalang ka e mong le e mong wa rona nakong e tlang. (Jak. 4:14) Haeba re dula re tshepahala, re tla fumana bophelo bo sa feleng, ebang re tla phela ho fihlela mahlomola a maholo a fihla kapa re tla shwa pele ho ona. Batlotsuwa ba tla ba le Kreste lehodimong. Dinku tse ding di tla ba paradeising mona lefatsheng. E se eka kaofela ha rona re ka dula re nahana ka tshepo eo re nang le yona le ho itokisetsa letsatsi la Jehova.

O KA RENG?

  • Letsatsi la Jehova le tla fihla jwang?

  • Ke bomang ba ke keng ba pholoha letsatsi la Jehova?

  • Re ka itokisetsa letsatsi la Jehova jwang?

PINA YA 150 Batlang Modimo Hore le Lopollwe

a Lengolo la 1 Bathesalonika kgaolo ya bohlano le na le dipapiso tse re rutang ka letsatsi la Jehova. “Letsatsi” leo ke lefe hona le tla fihla jwang? Ke bomang ba tla le pholoha? Ke bomang ba ke keng ba le pholoha? Re ka itokisetsa lona jwang? Re tla tshohla seo moapostola Pauluse a se buileng le ho araba dipotso tseo.

b Bala dihlooho tse reng “Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share