HOSEA KAKARETSO YA BUKA 1 Mosadi wa Hosea le bana ba hae (1-9) Jezriele (4), Lo-ruhama (6) le Lo-ami (9) Tshepo ya ho tsosoloswa le ho momahana (10, 11) 2 Iseraele e fuwa kotlo (1-13) Iseraele e kgutlela ho Jehova e leng monna wa yona (14-23) “O tla re ke monna wa hao” (16) 3 Hosea o lopolla mosadi wa hae wa letekatse (1-3) Baiseraele ba tla kgutlela ho Jehova (4, 5) 4 Jehova o ahlola Iseraele (1-8) Setjhaba ha se tsebe Modimo (1) Baiseraele ba rapela medimo ya ditshwantsho ebile ba etsa botekatse (9-19) Botekatse bo etsa hore ba kgelohe (12) 5 Efraime le Juda di a ahlolwa (1-15) 6 Ba kgothaletswa ho kgutlela ho Jehova (1-3) Lerato la batho le fela kapele (4-6) Lerato le molemo ho feta sehlabelo (6) Boitshwaro ba batho bo hlabisa dihlong (7-11) 7 Bokgopo ba Efraime bo a hlaloswa (1-16) Ha ho na motho ya ka phonyohang letlowa la Modimo (12) 8 Ditlamorao tsa ho rapela medimo ya ditshwantsho (1-14) Ba jala moya mme ba kotula sefefo (7) Iseraele o lebetse Moetsi wa hae (14) 9 Dibe tsa Efraime di etsa hore Modimo a mo lahle (1-17) Ba inehetse ho modimo ya hlabisang dihlong (10) 10 Iseraele, sefate sa morara se behang ditholwana tse bodileng, se tla fediswa (1-15) Ho jala le ho kotula (12, 13) 11 Modimo o ratile Iseraele ho tloha e sa le moshanyana (1-12) “Ke bitsitse mora wa ka hore a tswe Egepeta” (1) 12 Efraime o lokela ho kgutlela ho Jehova (1-14) Jakobo o ile a lwantsha Modimo (3) Jakobo o llela hore Modimo a mo hauhele (4) 13 Efraime ya rapelang medimo ya ditshwantsho o lebetse Jehova (1-16) “Lefu, metsu ya hao e hlabang e hokae?” (14) 14 Ba kopuwa hore ba kgutlele ho Jehova (1-3) Nyehelo ya dithoriso (2) Baiseraele ba a fodiswa mme ba a tshepahala (4-9)