Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Genese 1:1-50:26
  • Genese

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Genese
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Genese

GENESE

1 Qalong Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše.+

2 Lefatše le ne le se na sebopeho ebile le se na letho ’me metsi* a ne a koahetsoe ke lefifi.+ Moea o halalelang oa Molimo*+ o ne o e-ea koana le koana holim’a metsi.+

3 Molimo a re: “Leseli le ke le be teng.” Leseli la e-ba teng.+ 4 Ka mor’a moo, Molimo a bona hore leseli le molemo eaba Molimo o arola leseli ho lefifi. 5 Molimo a bitsa leseli Motšehare empa lefifi a le bitsa Bosiu.+ Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, leo ea e-ba letsatsi la pele.

6 Eaba Molimo o re: “Ho ke ho be le sepaka-paka+ pakeng tsa metsi ’me metsi a ke a arohane le metsi.”+ 7 Molimo a etsa sepaka-paka ’me a arola metsi a ka tlas’a sepaka-paka ho metsi a ka holim’a sepaka-paka.+ Ha e-ba joalo. 8 Molimo a bitsa sepaka-paka Leholimo. Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, leo ea e-ba letsatsi la bobeli.

9 Eaba Molimo o re: “Metsi a ka tlas’a maholimo a ke a bokellane sebakeng se le seng ’me ho ke ho hlahe sebaka se ommeng.”+ Ha e-ba joalo. 10 Molimo a bitsa sebaka se ommeng Lefatše+ empa a bitsa metsi a bokellaneng Maoatle.+ Molimo a bona hore ho molemo.+ 11 Molimo a re: “Lefatše le ke le hlahise joang, limela tse hlahisang peo le lifate tse behang litholoana le peo ho ea ka mefuta ea tsona.” Ha e-ba joalo. 12 Lefatše la hlahisa joang, limela tse hlahisang peo+ le lifate tse behang litholoana le peo ho ea ka mefuta ea tsona. Molimo a bona hore ho molemo. 13 Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, leo ea e-ba letsatsi la boraro.

14 Eaba Molimo o re: “Ho ke ho be le letsatsi, khoeli le linaleli*+ sepaka-pakeng* ho arola motšehare le bosiu+ ’me li tla tšoaea linako tsa selemo, matsatsi le lilemo.+ 15 Li tla khanya sepaka-pakeng ’me khanya ea tsona e fihle lefatšeng.” Ha e-ba joalo. 16 Molimo a etsa letsatsi le khoeli,* a etsa hore letsatsi le khanye motšehare+ ’me khoeli e khanye bosiu. A boela a etsa le linaleli.+ 17 Molimo a li beha sepaka-pakeng hore li khanye lefatšeng 18 le hore li khanye motšehare le bosiu, li arole leseli le lefifi.+ Molimo a bona hore ho molemo. 19 Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, leo ea e-ba letsatsi la bone.

20 Eaba Molimo o re: “Ho ke ho be le libopuoa tse ngata metsing ’me libopuoa tse fofang li ke li fofe sepaka-pakeng.”+ 21 Molimo a bopa liphoofolo tse kholo tsa leoatle, liphoofolo tsohle tse nyenyane tse phelang e le sehlopha ka metsing ho ea ka mefuta ea tsona le libopuoa tsohle tse fofang tse nang le mapheo ho ea ka mefuta ea tsona. Molimo a bona hore ho molemo. 22 Molimo a li hlohonolofatsa a re: “Atang le ngatafale ’me le tlale maoatleng.+ Libopuoa tse fofang le tsona li ke li ngatafale lefatšeng.” 23 Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, leo ea e-ba letsatsi la bohlano.

24 Eaba Molimo o re: “Lefatše le ke le be le liphoofolo ho ea ka mefuta ea tsona, liphoofolo tse ruuoang, liphoofolo tse hahabang* le liphoofolo tse hlaha ho ea ka mefuta ea tsona.”+ Ha e-ba joalo. 25 Molimo a etsa liphoofolo tse hlaha ho ea ka mefuta ea tsona, liphoofolo tse ruuoang ho ea ka mefuta ea tsona le liphoofolo tsohle tse hahabang ho ea ka mefuta ea tsona. Molimo a bona hore ho molemo.

26 Eaba Molimo o re: “A re+ etse motho ea tšoanang le rona*+ ’me a laole litlhapi tsa leoatle, libopuoa tse fofang,* liphoofolo tse ruuoang le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang lefatšeng.”+ 27 Molimo a bopa motho ea tšoanang le eena,* a mo bopa hore a tšoane le Molimo, a bopa monna le mosali.+ 28 Molimo a ba hlohonolofatsa a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatše+ ’me le le buse,+ le laole+ litlhapi tsa leoatle le libopuoa tse fofang le liphoofolo tse tsamaeang lefatšeng.”

29 Eaba Molimo o re: “Ke le file limela tsohle tse hlahisang peo lefatšeng lohle le lifate tsohle tsa litholoana tse hlahisang peo. E tla ba lijo tsa lona.+ 30 Liphoofolo tsohle tse hlaha, libopuoa tsohle tse fofang le liphoofolo tsohle tse phelang tse lefatšeng, ke li file limela tsohle tse tala hore e be lijo tsa tsona.”+ Ha e-ba joalo.

31 Ka mor’a moo, Molimo a bona hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng e molemo haholo.+ Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, leo ea e-ba letsatsi la botšelela.

2 Molimo a qeta ho bopa maholimo le lefatše le lintho tsohle tse ho tsona.*+ 2 Ka letsatsi la bosupa, Molimo o ne a qetile mosebetsi oohle oo a neng a o etsa. Ka lona letsatsi leo, a phomola ka mor’a mosebetsi oohle oo a o entseng.+ 3 Molimo a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa ’me a re lea halalela hobane letsatsing leo o ile a phomola ka mor’a mosebetsi oohle oo a o entseng.

4 Ena ke histori ea ha ho ne ho etsoa maholimo le lefatše, letsatsing leo ka lona Jehova* Molimo a neng a etsa leholimo le lefatše.+

5 Ho ne ho e-s’o ka ho e-ba le lihlahla le limela lefatšeng hobane Jehova Molimo o ne a e-s’o nese pula ’me ho ne ho se na motho ea ka lemang. 6 Empa moholi o ne o nyoloha fatše ’me o nosetsa lefatše lohle.

7 Jehova Molimo a etsa motho ka lerole+ la lefatše ’me a bululela moea oa bophelo linkong tsa hae e le hore a phele+ eaba motho oa phela.*+ 8 Ho ekelletsa moo, Jehova Molimo a lema serapa Edene,+ ho elella ka bochabela ’me a beha motho eo a mo entseng teng.+ 9 Jehova Molimo a melisa lifate tsohle tse ntle le tseo litholoana tsa tsona li ka jeoang a ba a melisa sefate sa bophelo+ hammoho le sefate sa tsebo ea botle le bobe+ har’a serapa.

10 Ho ne ho e-na le noka e tsoang Edene e nosetsang serapa seo ’me ho tloha moo e ne e arohana e e-ba linoka tse ’nè.* 11 Lebitso la noka ea pele ke Pishone. Ke eona e potolohileng naha eohle ea Havila, e nang le khauta. 12 Khauta ea naha eo e ntle. Ho na le mamina a sefate a nkhang hamonate* le lejoe la onikse moo. 13 Lebitso la noka ea bobeli ke Gihone, ke eona e potolohileng naha eohle ea Kushe. 14 Lebitso la noka ea boraro ke Hidekele,*+ ke eona e eang ka bochabela ho Asiria.+ Lebitso la noka ea bone ke Eufrate.+

15 Jehova Molimo a beha motho serapeng sa Edene hore a se leme le ho se hlokomela.+ 16 Jehova Molimo a fa motho taelo ena: “U ka ja litholoana tsa lifate tsohle tse serapeng hore u khotsofale.+ 17 Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe, u se ke oa ja litholoana tsa sona hobane letsatsing leo ka lona u li jang, kannete u tla shoa.”+

18 Eaba Jehova Molimo o re: “Ha ho hotle hore monna a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi ea mo tšoanelang.”*+ 19 Jehova Molimo o ne a entse liphoofolo tsohle tse hlaha le libopuoa tsohle tse fofang* eaba o li tlisa ho motho ho bona hore na o tla li reha mabitso afe. Li ile tsa bitsoa ka mabitso ao motho a ileng a li reha ’ona.+ 20 Motho a reha liphoofolo tsohle tse ruuoang mabitso le libopuoa tse fofang le liphoofolo tsohle tse hlaha empa motho eena o ne a se na mothusi ea mo tšoanelang.* 21 Jehova Molimo a robatsa monna.* Ha a ntse a robetse, a nka e ’ngoe ea likhopo tsa hae ’me sebakeng seo a ntšitseng khopo ho sona a koahela ka nama. 22 Jehova Molimo a etsa mosali ka khopo eo a e nkileng ho monna eaba o mo tlisa ho monna.+

23 Monna a re:

“Joale enoa ke lesapo la masapo a ka

Le nama ea nama ea ka.

O tla bitsoa Mosali

Hobane o nkiloe ho monna.”+

24 Ke ka lebaka leo monna a tla siea ntate oa hae le ’mè oa hae ’me a khomarele* mosali oa hae, bobeli ba bona e tla ba nama e le ’ngoe.+ 25 Monna le mosali oa hae ba ile ba lula ba sa apara.+ Leha ho le joalo, ba ne ba sa hlajoe ke lihlong.

3 Noha+ e ne e hlalefile* ho feta liphoofolo tsohle tse hlaha tseo Jehova Molimo a neng a li entse. Ea re ho mosali: “Na kannete Molimo o itse le se ke la ja litholoana tsa lifate tsohle tse serapeng?”+ 2 Mosali a re ho noha: “Re ka ja litholoana tsa lifate tse serapeng.+ 3 Empa ha Molimo a bua ka litholoana tsa sefate se har’a serapa,+ o ile a re: ‘Ho hang le se ke la li ja ’me le se ke la li tšoara le ho li tšoara e le hore le se ke la shoa.’” 4 Noha ea re ho mosali: “Ho hang le ke ke la shoa.+ 5 Molimo oa tseba hore mohlang le li jang, mahlo a lona a tla buleha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.”+

6 Ka lebaka leo, mosali a bona hore litholoana tsa sefate seo ekare li monate le hore li ka jeoa. Kannete tsona li ne li khalisa. Kahoo, a kha tholoana ’me a e ja.+ Ka mor’a moo, a fa le monna oa hae ha a se a e-na le eena ’me a e ja.+ 7 Mahlo a bona a buleha ’me ba hlokomela hore ha baa apara. Kahoo, ba ithatela thekeng ka makhasi a feie.*+

8 Mantsiboea ha ho ntse ho foka moea o pholileng, ba utloa lentsoe la Jehova Molimo serapeng* ’me monna le mosali oa hae ba ipatela Jehova Molimo har’a lifate. 9 Jehova Molimo o ne a ntse a bitsa monna a re ho eena: “U hokae?” 10 Hamorao monna a re: “Ke utloile lentsoe la hao serapeng ’me ka tšoha hobane ke ne ke sa apara eaba kea ipata.” 11 Molimo a re: “U boleletsoe ke mang hore ha oa apara?+ Na u jele tholoana ea sefate seo ke u laetseng hore u se ke oa ja litholoana tsa sona?”+ 12 Monna a re: “Mosali eo u mphileng eena o mphile tholoana ea sefate eaba kea e ja.” 13 Jehova Molimo a re ho mosali: “U entse’ng?” Mosali a re: “Noha e nthetsitse eaba ke ja tholoana.”+

14 Jehova Molimo a re ho noha:+ “Ka lebaka la seo u se entseng, u rohakiloe har’a liphoofolo tsohle tse ruuoang le har’a liphoofolo tsohle tse hlaha. U tla hahaba ka mpa ’me u tla ja lerole bophelo bohle ba hao. 15 Ke tla etsa hore uena+ le mosali+ le hloeane+ le hore bana* ba hao+ le ngoana* oa hae+ ba hloeane. Ngoana eo o tla u khoba hlooho+ ’me uena u tla mo loma serethe.”+

16 Molimo a re ho mosali: “Ke tla eketsa bohloko boo u tla bo utloa ha u imme. U tla utloa bohloko ba pelehi ha u ba le bana. U tla batla ho ba le monna oa hao ’me o tla u laola.”

17 Molimo a re ho Adama:* “Kaha u mametse mosali oa hao ’me u jele tholoana ea sefate seo ke ileng ka u laela ka re:+ ‘U se ke oa ja litholoana tsa sona,’ lefatše le rohakiloe ka lebaka la hao.+ U tla sebetsa ka thata* bophelo bohle ba hao hore u fumane lijo.+ 18 Lefatše le tla u melisetsa meutloa le lihlabahlabane ’me u tla ja limela tsa lona. 19 U tla ja lijo* ka mofufutso oa phatla ea hao* ho fihlela u khutlela mobung kaha u entsoe ka oona.+ U lerole ’me u tla khutlela leroleng.”+

20 Ka mor’a moo, Adama a reha mosali oa hae Eva* hobane e ne e tla ba ’mè oa batho bohle ba phelang.+ 21 Jehova Molimo a etsetsa Adama le mosali oa hae liaparo tse telele tsa letlalo tseo ba tla li apara.+ 22 Jehova Molimo a re: “Motho o se a tseba botle le bobe joaloka rona.+ Joale ke tlameha ho etsa ho hong e le hore a se ke a kha tholoana sefateng sa bophelo+ ’me a e ja eaba o phela ka ho sa feleng.” 23 Jehova Molimo a mo leleka serapeng sa Edene+ ho ea lema mobu oo a ntšitsoeng ho oona.+ 24 Ka mor’a ho leleka motho, a beha likerubime+ le sabole e tukang e neng e bilika e sa khaotse ka bochabela ho serapa sa Edene. A etsa sena e le ho lebela tsela e eang sefateng sa bophelo.

4 Adama a robala le mosali oa hae Eva eaba oa ima.+ Ha Kaine+ a hlaha, Eva a re: “Jehova o nthusitse ho ba le* mora.” 2 Hamorao Eva a ba le mora e mong e leng Abele,+ ngoan’abo Kaine.

Abele ea e-ba molisa ’me Kaine ea e-ba molemi. 3 Ka mor’a nako e itseng, Kaine a tlisetsa Jehova nyehelo ea lijo tse tsoang masimong. 4 Abele eena a tlisa matsibolo a liphoofolo tsa hae,+ a etsa mahlabelo ka tsona hammoho le mafura a tsona. Jehova o ile a amohela Abele le nyehelo ea hae+ 5 empa ho hang ha aa ka a amohela Kaine le nyehelo ea hae. Kaine a halefa haholo ’me a utloa bohloko.* 6 Jehova a re ho Kaine: “Ke hobane’ng ha u halefile hakaale ebile u utloile bohloko?* 7 Haeba u ka fetoha ’me oa etsa se setle, na nke ke ka u amohela?* Empa haeba u sa fetohe, sebe se u emetse monyako e le hore se u laole. Na u tla se hlola?”

8 Kaine a re ho ngoan’abo Abele: “A re ee naheng.” Ha ba ntse ba le naheng, Kaine a hlasela ngoan’abo Abele ’me a mo bolaea.+ 9 Hamorao, Jehova a re ho Kaine: “Ngoan’eno Abele o hokae?” A re: “Ha ke tsebe. Na ke ’na mohlokomeli* oa hae?” 10 Molimo a re: “U entse’ng? Utloa mali a ngoan’eno a tšolletsoeng fatše+ a llela ho ’na. 11 U rohakiloe ’me ke u leleka sebakeng sena seo u bolaetseng ngoan’eno ho sona.*+ 12 Ha u lema, mobu o ke ke oa hlahisa letho.* U tla lelera lefatšeng ’me u be ’malehi.” 13 Kaine a re ho Jehova: “Kotlo eo u mphang eona ka lebaka la phoso eo ke e entseng ea nkimela ’me ha ke khone ho e mamella. 14 Kajeno u nteleka sebakeng sena ’me ke tla ba hole le uena. Ke tla lelera lefatšeng, ke be ’malehi ’me mang kapa mang ea mphumanang o tla mpolaea.” 15 Jehova a re ho eena: “Ka lebaka leo, mang kapa mang ea bolaeang Kaine o tla fuoa kotlo ka makhetlo a supileng.”

Jehova a behela Kaine letšoao* la hore mang kapa mang ea mo fumanang a se ke a mo bolaea. 16 Kaine a tloha ka pel’a Jehova a e’o lula naheng ea Botlamuoa* e ka bochabela ho Edene.+

17 Kaine a robala le mosali oa hae+ eaba oa ima ’me o tsoala Enoke. Kaine a haha motse ’me a o rehella ka mora oa hae Enoke. 18 Enoke a ba le mora ea bitsoang Irade. Irade a ba le mora ea bitsoang Mehujaele, Mehujaele a ba le mora ea bitsoang Methushaele ’me Methushaele a ba le mora ea bitsoang Lameke.

19 Lameke a nyala basali ba babeli. Lebitso la mosali oa pele e ne e le Ada ’me oa bobeli e le Tsilla. 20 Ada a tsoala Jabale. Jabale ke eena motho oa pele oa ho lula litenteng le ho rua liphoofolo. 21 Lebitso la ngoan’abo e ne e le Jubale. Ke eena motho oa pele oa ho letsa harepa le phala.* 22 Tsilla a ba le mora ea bitsoang Tubale-kaine ea neng a etsa lithulusi tsa mefuta-futa tsa koporo le tšepe. Khaitseli ea Tubale-kaine e ne e le Naama. 23 Lameke a re ho basali ba hae, e leng Ada le Tsilla:

“ ’Mameleng, lona basali ba Lameke,

Le utloe seo ke se buang:

Ke bolaile monna hobane a ntemalitse,

Kannete ke bolaile mohlankana hobane a nkotlile.

24 Haeba motho ea bolaeang Kaine o tla fuoa kotlo ka makhetlo a supileng,+

Ea bolaeang Lameke eena o tla fuoa kotlo ka makhetlo a 77.”

25 Adama a boela a robala le mosali oa hae. Eva a ba le mora ’me a mo reha Setha*+ hobane o ile a re: “Molimo o mphile mora* e mong bakeng sa Abele kaha Kaine o mo bolaile.”+ 26 Setha a ba le mora ’me a mo reha Enoshe.+ Ka nako eo, batho ba qala ho bitsa lebitso la Jehova.

5 Ena ke buka ea histori ea Adama. Letsatsing leo Molimo a bopileng Adama ka lona, o ile a mo etsa hore a tšoane le eena.+ 2 A bopa monna le mosali.+ Letsatsing leo a ba bopileng ka lona+ a ba hlohonolofatsa eaba o ba bitsa Batho.*

3 Ha Adama a le lilemo li 130 o ile a ba le mora ea tšoanang le eena eaba o mo reha Setha.+ 4 Ka mor’a hore Setha a hlahe, Adama a phela lilemo tse 800 ’me a ba le bara le barali. 5 Adama o phetse lilemo tse 930 eaba oa shoa.+

6 Ha Setha a le lilemo li 105 o ile a ba le mora ea bitsoang Enoshe.+ 7 Ka mor’a hore Enoshe a hlahe, Setha a phela lilemo tse 807 ’me a ba le bara le barali. 8 Setha o phetse lilemo tse 912 eaba oa shoa.

9 Ha Enoshe a le lilemo li 90, o ile a ba le mora ea bitsoang Kenane. 10 Ka mor’a hore Kenane a hlahe, Enoshe a phela lilemo tse 815 ’me a ba le bara le barali. 11 Enoshe o phetse lilemo tse 905 eaba oa shoa.

12 Ha Kenane a le lilemo li 70, o ile a ba le mora ea bitsoang Mahalalele.+ 13 Ka mor’a hore Mahalalele a hlahe, Kenane a phela lilemo tse 840 ’me a ba le bara le barali. 14 Kenane o phetse lilemo tse 910 eaba oa shoa.

15 Ha Mahalalele a le lilemo li 65, o ile a ba le mora ea bitsoang Jarede.+ 16 Ka mor’a hore Jarede a hlahe, Mahalalele a phela lilemo tse 830 ’me a ba le bara le barali. 17 Mahalalele o phetse lilemo tse 895 eaba oa shoa.

18 Ha Jarede a le lilemo li 162, o ile a ba le mora ea bitsoang Enoke.+ 19 Ka mor’a hore Enoke a hlahe, Jarede a phela lilemo tse 800 ’me a ba le bara le barali. 20 Jarede o phetse lilemo tse 962 eaba oa shoa.

21 Ha Enoke a le lilemo li 65, o ile a ba le mora ea bitsoang Methusela.+ 22 Ka mor’a hore Methusela a hlahe, Enoke a ’na a tsamaea le Molimo oa ’nete* ka lilemo tse 300 ’me a ba le bara le barali. 23 Enoke o phetse lilemo tse 365. 24 Enoke a ’na a tsamaea le Molimo oa ’nete.+ Empa o ile a nyamela hobane Molimo o ile a mo nka.+

25 Ha Methusela a le lilemo li 187, o ile a ba le mora ea bitsoang Lameke.+ 26 Ka mor’a hore Lameke a hlahe, Methusela a phela lilemo tse 782 ’me a ba le bara le barali. 27 Methusela o phetse lilemo tse 969 eaba oa shoa.

28 Ha Lameke a le lilemo li 182, o ile a ba le mora. 29 A mo reha Noe,*+ a re: “Enoa o tla re imolla* mosebetsing o boima oa matsoho a rona lefatšeng leo Jehova a le rohakileng.”+ 30 Ka mor’a hore Noe a hlahe, Lameke a phela lilemo tse 595 ’me a ba le bara le barali. 31 Lameke o phetse lilemo tse 777 eaba oa shoa.

32 Ha Noe a le lilemo li 500, o ile a ba le bara ba bitsoang Sema,+ Kama+ le Jafeta.+

6 Ha batho ba ntse ba eketseha lefatšeng ebile ba e-ba le barali, 2 bara ba Molimo oa ’nete*+ ba hlokomela hore barali ba batho ba batle. Ba inkela basali bao ba ba batlang. 3 Jehova a re: “Nke ke ka mamella batho ka ho sa feleng+ hobane ke baetsalibe.* Ka lebaka leo, ba tla phela lilemo tse 120.”+

4 Ho ne ho e-na le Banefilime* lefatšeng mehleng eo le ka mor’a moo. Ka nako eo, bara ba Molimo oa ’nete ba robala le barali ba batho ’me ba e-ba le bana le bona. Bana ba bona e ne e le banna ba matla, ba neng ba tumme mehleng eo ea khale.

5 Jehova a bona hore motho o etsa lintho tse ngata tse mpe le hore menahano le litakatso tsa pelo ea hae li mpe ka linako tsohle.+ 6 Jehova a itšola* hore ebe o entse batho lefatšeng ’me pelo ea hae ea utloa bohloko.+ 7 Jehova a re: “Ke tl’o felisa batho bao ke ba bopileng, liphoofolo tse ruuoang, liphoofolo tse hahabang le libopuoa tse fofang hobane kea itšola hore ebe ke entse batho.” 8 Empa Jehova o ile a hauhela* Noe.

9 Ena ke histori ea Noe.

Noe e ne e le motho ea lokileng.+ O ne a se na molato* har’a batho ba mehleng ea hae. Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.+ 10 Ha nako e ntse e ea, Noe a ba le bara ba bararo ba bitsoang Sema, Kama le Jafeta.+ 11 Empa lefatše le ne le senyehile mahlong a Molimo oa ’nete le bile le tletse ntoa. 12 Molimo a sheba lefatše ’me a bona hore le senyehile.+ Batho bohle ba ne ba etsa lintho tse mpe.+

13 Molimo a re ho Noe: “Ke entse qeto ea ho felisa batho bohle hobane lefatše le tletse ntoa ka lebaka la bona. Ke tla ba felisa hammoho le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.*+ 14 Iketsetse areka* ka lifate.*+ U etse likamore ka arekeng ’me u e tlotse ka sekontiri+ ka ntle le ka hare. 15 U etse areka ka mokhoa ona: Bolelele e be limithara tse ka bang 134,* bophara e be limithara tse ka bang 22* ’me bophahamo e be limithara tse ka bang 13.* 16 U etsetse areka fensetere* hore ho be le khanya, e be lisenthimithara tse ka bang 45* ho tloha holimo. Monyako oa areka o be lehlakoreng+ ’me e be le mokato o ka tlase, mokato oa bobeli le mokato oa boraro.

17 Ke tl’o tlisa moroallo+ lefatšeng ’me ke felise lintho tsohle tse phelang tlas’a maholimo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng e tla felisoa.+ 18 Ke etsa selekane* le uena, u kene ka arekeng le bara ba hao, mosali oa hao le lingoetsi tsa hao.+ 19 U tlise libopuoa tse peli tsa mofuta o mong le o mong+ ka arekeng e le hore li pholohe le uena. U tlise tse tona le tse tšehali.+ 20 U tlise libopuoa tse fofang ho ea ka mefuta ea tsona, liphoofolo tse ruuoang ho ea ka mefuta ea tsona le liphoofolo tsohle tse hahabang ho ea ka mefuta ea tsona ’me li tla kena le uena ka arekeng ka bobeli e le hore li pholohe.+ 21 U bokelle lijo tsa mefuta eohle hore e be lijo tsa hao+ le tsa liphoofolo.”

22 Noe a etsa lintho tsohle tseo Molimo a mo laetseng tsona. A fela a etsa joalo.+

7 Jehova a re ho Noe: “Kena ka arekeng le lelapa lohle la hao hobane ke fumane e le uena ea lokileng har’a batho bohle.+ 2 Mofuteng o mong le o mong oa liphoofolo tse hloekileng, u nke tse supileng*+ tse tona le tse tšehali. Liphoofolong tse sa hloekang u nke tse peli feela, e tona le e tšehali. 3 Ho libopuoa tse fofang u nke tse supileng,* tse tona le tse tšehali e le ho boloka mofuta oa tsona o phela.+ 4 Ho setse matsatsi a supileng feela pele ke nesa pula+ lefatšeng ka matsatsi a 40 le masiu a 40.+ Ke tla felisa lintho tsohle tse phelang lefatšeng tseo ke li entseng.”+ 5 Noe a etsa lintho tsohle tseo Jehova a mo laetseng tsona.

6 Noe o ne a le lilemo li 600 ha ho e-ba le moroallo lefatšeng.+ 7 Pele moroallo o fihla, Noe a kena ka arekeng le bara ba hae, mosali oa hae le lingoetsi tsa hae.+ 8 Liphoofolo tsohle tse hloekileng le tse sa hloekang le libopuoa tsohle tse fofang le tse hahabang,+ 9 tsa tla ho Noe ka bobeli ’me tsa kena ka arekeng, e tona le e tšehali feela joalokaha Molimo a ne a laetse Noe. 10 Ka mor’a matsatsi a supileng, ha e-ba le moroallo lefatšeng.

11 Ha Noe a le lilemo li 600, ka letsatsi la bo17 khoeling ea bobeli, mehloli eohle ea metsi* le likhoro tsa metsi tsa maholimo tsa buleha.+ 12 Pula ea na lefatšeng ka matsatsi a 40 le masiu a 40. 13 Letsatsing lona leo, Noe a kena ka arekeng le mosali oa hae le bara ba hae e leng Sema, Kama le Jafeta+ hammoho le lingoetsi tsa hae tse tharo.+ 14 Ba kena le liphoofolo tsa mefuta eohle tse hlaha, tse ruuoang, tse hahabang le libopuoa tsa mefuta eohle tse fofang, e leng linonyana tsohle le libopuoa tsohle tse nang le mapheo. 15 Liphoofolo tsa mefuta eohle tsa ’na tsa tla ho Noe ka bobeli ’me tsa kena ka arekeng. 16 Liphoofolo tse tona le tse tšehali tsa mefuta eohle tsa kena ka arekeng, feela joalokaha Molimo a ne a laetse Noe. Ka mor’a moo, Jehova a koala monyako.

17 Pula ea na ka matsatsi a 40 lefatšeng ’me metsi a eketseha, a phahamisetsa areka holimo, ea phaphamala ka holim’a ’ona. 18 Metsi a tlala ’me a eketseha haholo lefatšeng empa areka ea phaphamala ka holim’a ’ona. 19 Metsi a tlala lefatšeng hoo a ileng a koahela lithaba tsohle tse telele.+ 20 Metsi a phahama ho fihlela a feta lithaba ka limithara tse ka bang tse supileng.*

21 Libopuoa tsohle* tse neng li le lefatšeng tsa shoa.+ Ha shoa batho bohle,+ libopuoa tse fofang, liphoofolo tse ruuoang, liphoofolo tse hlaha le libopuoa tse nyenyane tse tsamaeang e le sehlopha. 22 Libopuoa tsohle tse phelang* lefatšeng tsa shoa.+ 23 Molimo a felisa lintho tsohle tse phelang lefatšeng ho akarelletsa batho, liphoofolo, liphoofolo tse hahabang le libopuoa tse fofang. Kaofela tsa felisoa.+ Noe le ba nang le eena ka arekeng ke bona feela ba ileng ba pholoha.+ 24 Metsi a koahela lefatše ka matsatsi a 150.+

8 Molimo ha aa ka a lebala* Noe le liphoofolo tsohle tse hlaha le tse ruuoang tse neng li e-na le eena ka arekeng.+ Molimo a etsa hore moea o foke lefatšeng eaba metsi a qala ho fokotseha. 2 Mehloli ea metsi le likhoro tsa metsi tsa maholimo tsa koaleha. Pula ea emisa ho na.*+ 3 Metsi a fokotseha butle-butle ’me ka mor’a matsatsi a 150 a ne a se a fokotsehile. 4 Ka letsatsi la bo17 khoeling ea bosupa, areka ea lula lithabeng tsa Ararate. 5 Metsi a ne a ntse a fokotseha butle-butle ho fihlela khoeling ea leshome. Ka letsatsi la pele khoeling ea leshome, lithaba tsa qala ho bonahala.+

6 Ka mor’a matsatsi a 40, Noe a bula fensetere+ eo a neng a e entse arekeng 7 ’me a roma lekhoaba. Le ne le ntse le fofa ka ntle, le ea le khutla ho fihlela metsi a omme.

8 Hamorao Noe a romela leeba ho bona hore na metsi a fokotsehile. 9 Leeba la se ke la fumana moo le ka lulang teng,* kahoo la khutlela ho eena arekeng hobane metsi a ne a ntse a koahetse lefatše lohle.+ A ntša letsoho eaba o kenya leeba ka arekeng. 10 A ema matsatsi a mang a supileng ’me a romela leeba hape. 11 Ha leeba le fihla ho eena mantsiboea, a bona molomong le e-na le lekhasi la mohloaare le qetang ho khuoa. Noe a tseba hore metsi a fokotsehile.+ 12 A ema matsatsi a mang a supileng eaba o romela leeba empa ha lea ka la hlola le khutlela ho eena.

13 Ka selemo sa bo601,+ ka letsatsi la pele khoeling ea pele, metsi a ne a fokotsehile. Noe a bula karolo e ’ngoe ea marulelo a areka ’me a bona hore ho ntse ho oma. 14 Ka letsatsi la bo27 khoeling ea bobeli, ho ne ho se ho omme.

15 Molimo a re ho Noe: 16 “Tsoa ka arekeng le mosali oa hao, bara ba hao le lingoetsi tsa hao.+ 17 U tsoe le libopuoa tsohle,+ e leng libopuoa tse fofang, liphoofolo tsohle tse ruuoang, tse hlaha le tse hahabang e le hore li ka ata ’me tsa ngatafala lefatšeng.”+

18 Noe a tsoa le bara ba hae,+ mosali oa hae le lingoetsi tsa hae. 19 Liphoofolo tsohle tse hlaha le tse hahabang le libopuoa tsohle tse fofang, le tsona tsa tsoa ka arekeng ka mefuta ea tsona.+ 20 Noe a hahela Jehova aletare+ ’me a nka liphoofolo tse ling ho tsohle tse hloekileng le libopuoa tse ling ho tsohle tse fofang tse hloekileng,+ a etsa linyehelo tsa secheso ka tsona aletareng.+ 21 Jehova a utloa monko o monate.* Jehova a re ka pelong: “Nke ke ka hlola ke rohaka* lefatše+ ka lebaka la motho hobane ka tlhaho motho o nahana lintho tse mpe ho tloha bocheng.+ Nke ke ka hlola ke felisa libopuoa tsohle joalokaha ke entse.+ 22 Ho tloha hona joale, ha ho mohla lefatše le tla khaotsa ho ba le nako ea motšehare le ea bosiu, ea ho jala peo le ho kotula, ea serame le mocheso le ea lehlabula le mariha.”+

9 Molimo a hlohonolofatsa Noe le bara ba hae ’me a re ho bona: “Atang le ngatafale ’me le tlale lefatše.+ 2 Liphoofolo tsohle tse phelang lefatšeng, libopuoa tse fofang, liphoofolo tsohle tse hahabang le litlhapi tsohle tsa leoatle li tla le tšaba. Ke le fa tsona hore le li laole.+ 3 Liphoofolo tsohle tse phelang e tla ba lijo tsa lona.+ Ke le fa tsona feela joalokaha ke le file limela tse tala.+ 4 Empa le se ke la ja nama e ntseng e e-na le mali, e leng bophelo ba eona.+ 5 Hape ke tla fa motho e mong le e mong ea le bolaeang kotlo. Haeba le bolaoa ke phoofolo efe kapa efe, phoofolo eo e lokela ho bolaoa. Athe motho ofe kapa ofe ea bolaeang ngoan’abo ke tla mo fa kotlo.+ 6 Mang kapa mang ea bolaeang motho* le eena o tla bolaoa+ hobane Molimo o entse motho a tšoana le eena.+ 7 Lona atang le ngatafale ’me le tlale lefatše.”+

8 Molimo a re ho Noe le bara ba hae: 9 “Ke etsa selekane le lona+ le litloholo tsa lona, 10 le libopuoa tsohle tse nang le lona, linonyana, liphoofolo le libopuoa tsohle tse phelang lefatšeng, tse tsoileng ka arekeng le lona.+ 11 Ke etsa selekane le lona hore ha ke sa tla hlola ke felisa batho le liphoofolo* ka moroallo ’me ha ke sa tla hlola ke felisa lefatše ka moroallo.”+

12 Molimo a boela a re: “Lena ke letšoao la selekane seo ke se etsang le lona le libopuoa tsohle tse nang le lona ’me se tla lula se le teng le melokong eohle e tla latela. 13 Ke beha mookoli oa ka marung ’me e tla ba letšoao la selekane seo ke se entseng le lintho tsohle tse lefatšeng. 14 Neng kapa neng ha ke etsa hore ho be le maru, mookoli o tla hlaha ho ’ona. 15 Ke tla hopola selekane sa ka seo ke se entseng le lona le libopuoa tsa mefuta eohle ’me metsi e ke ke ea hlola e e-ba moroallo o tla felisa batho le liphoofolo.+ 16 Ho tla ba le mookoli marung. Ke tla o bona ’me ke hopole selekane se sa feleng seo ke se entseng le libopuoa tsa mefuta eohle tse lefatšeng.”

17 Molimo a boela a bua le Noe a re: “Lena ke letšoao la selekane seo ke se etsang le batho le liphoofolo tsohle tse lefatšeng.”+

18 Bara ba Noe ba tsoileng ka arekeng ke Sema, Kama le Jafeta.+ Hamorao Kama a ba le mora ea bitsoang Kanana.+ 19 Bana ke bara ba Noe ba bararo ’me batho bohle ba phelang likarolong tse fapaneng tsa lefatše ba tsoa ho bona.+

20 Noe ea e-ba molemi ’me a lema serapa sa morara. 21 Ka letsatsi le leng a noa veine, a tahoa eaba o hlobola liaparo tsa hae a le ka tenteng ea hae. 22 Kama ntate oa Kanana, a bonela ntate oa hae ’me a bolella bana babo ba babeli ba neng ba le ka ntle. 23 Sema le Jafeta ba nka seaparo, ba se beha mahetleng a bona ’me ba kena ka tenteng ba checha. Ba koahela ntate oa bona ba shebile ka thoko. Ha baa ka ba bonela ntate oa bona.

24 Ha Noe a hlaphoheloa ’me a utloa hore na mora oa hae e monyenyane o mo entse’ng, 25 a re:

“Kanana a ke a rohakoe.+

E ke e be lekhoba le tlase-tlase la bana babo.”+

26 A boela a re:

“Ho rorisoe Jehova, Molimo oa Sema,

Kanana e ke e be lekhoba la hae.+

27 Molimo a ke a fe Jafeta naha e kholo,

A lule litenteng tsa Sema.

Kanana e ke e be lekhoba la hae.”

28 Noe a phela lilemo tse 350 ka mor’a Moroallo.+ 29 Noe o phetse lilemo tse 950 eaba oa shoa.

10 Ena ke histori ea bara ba Noe, e leng Sema,+ Kama le Jafeta.

Ba ile ba e-ba le bara ka mor’a Moroallo.+ 2 Bara ba Jafeta e ne e le Gomere,+ Magogo,+ Madai, Javane, Tubale,+ Mesheke+ le Tirase.+

3 Bara ba Gomere e ne e le Ashkenaze,+ Rifathe le Togarma.+

4 Bara ba Javane e ne e le Elisha,+ Tarshishe,+ Kitime+ le Dodanime.

5 Litloholo tsa bona li ile tsa hasana lihlekehlekeng ’me tsa lula ho ea ka lipuo, malapa le lichaba tsa habo tsona.

6 Bara ba Kama e ne e le Kushe, Mizraime,+ Pute+ le Kanana.+

7 Bara ba Kushe e ne e le Seba,+ Havila, Sabta, Rama+ le Sabteka.

Bara ba Rama e ne e le Sheba le Dedane.

8 Kushe a ba le mora ea bitsoang Nimrode. Ke eena motho oa pele oa ho ba matla lefatšeng. 9 E ile ea e-ba setsomi se matla se hanyetsang Jehova. Ke ka lebaka leo ho nang le mantsoe a reng: “Feela joaloka Nimrode, setsomi se matla se hanyetsang Jehova.” 10 Metse ea pele eo a ileng a e busa ke Babele,+ Ereke,+ Akade le Kalene. Metse eo e ne e le naheng ea Shinare.+ 11 Ho tloha naheng eo a ea Asiria+ ’me a haha Ninive,+ Rehobothe-Ire, Kala 12 le Resene e neng e le pakeng tsa Ninive le Kala: Ona ke motse o moholo.*

13 Mizraime a ba le bara ba bitsoang Ludime,+ Anamime, Lehabime, Naftuhime,+ 14 Patrusime,+ Kasluhime (eo Bafilista+ ba hlahang ho eena) le Kaftorime.+

15 Kanana a ba le mora ea bitsoang Sidone,+ e leng mora oa hae oa letsibolo, a lateloa ke Hethe,+ 16 Bajebuse,+ Baamore,+ Bagirgashe, 17 Baheve,+ Baarke, Basine, 18 Baarvade,+ Bazemare le Bahamathe.+ Ka mor’a moo, malapa a Bakanana a hasana. 19 Moeli oa Bakanana o ne o tloha Sidone ho ea fihla Gerare+ haufi le Gaza+ le ho ea fihla Sodoma, Gomora,+ Adma le Zeboime+ haufi le Lasha. 20 Bana e ne e le bara ba Kama ho ea ka malapa, lipuo, linaha le lichaba tsa bona.

21 Sema le eena a ba le bana. Ke moholo-holo oa bana bohle ba Ebere+ ebile ke ngoan’abo Jafeta.* 22 Bara ba Sema e ne e le Elame,+ Asshure,+ Arpakshade,+ Lude le Arame.+

23 Bara ba Arame e ne e le Utse, Hule, Gethere le Mashe.

24 Arpakshade a ba le mora ea bitsoang Shela+ ’me Shela a ba le mora ea bitsoang Ebere.

25 Ebere a ba le bara ba babeli. Lebitso la e mong e ne e le Pelege*+ hobane baahi ba lefatše ba ile ba aroloa* mehleng ea hae ’me lebitso la ngoan’abo e le Jokthane.+

26 Jokthane a ba le bara ba bitsoang Almodade, Shelefe, Hazaremavethe, Jera,+ 27 Hadorame, Uzale, Dikla, 28 Obale, Abimaele, Sheba, 29 Ofire,+ Havila le Jobabe. Kaofela e ne e le bara ba Jokthane.

30 Ba ne ba ahile ho tloha Mesha ho ea fihla Sefare, sebakeng se lithaba sa Bochabela.

31 Bana e ne e le bara ba Sema ho ea ka malapa, lipuo, linaha le lichaba tsa bona.+

32 Ana ke malapa a bara ba Noe ho ea ka meloko le lichaba tsa bona. Lichaba tse ileng tsa tlala lefatšeng ka mor’a Moroallo li ne li tsoa ho bona.+

11 Batho bohle ba lefatšeng ba ne ba bua puo e le ’ngoe ebile ba e-na le pokello e le ’ngoe ea mantsoe. 2 Ha ba ntse ba ea bochabela, ba ile ba fihla thoteng ea naha ea Shinare+ eaba ba lula teng. 3 Ba buisana ba re: “Tloong, re etseng litene re li bese ka mollo.” Ba sebelisa litene ho e-na le ho sebelisa majoe ’me ba sebelisa sekontiri e le seretse. 4 Ba re: “A re ikaheleng motse le tora e fihlang maholimong hore re tume e le hore re se ke ra hasanngoa lefatšeng lohle.”+

5 Jehova a theoha ho ea bona motse le tora eo bara ba batho ba e hahileng. 6 Jehova a re: “Batho bana ke sechaba se le seng ebile ba bua puo e le ’ngoe.+ Bona hore na ba etsa’ng! Ba ke ke ba hloleha ho etsa letho leo ba batlang ho le etsa. 7 A re+ theohe ’me re ferekanye puo ea bona e le hore ba se ke ba utloana ha ba bua.” 8 Jehova a ba hasanya lefatšeng lohle+ ’me butle-butle ba tlohela ho haha motse. 9 Ke ka lebaka leo motse oo o ileng oa bitsoa Babele*+ hobane ke moo Jehova a ileng a ferekanya puo ea batho bohle* ’me Jehova a hasanya batho lefatšeng lohle.

10 Ena ke histori ea Sema.+

Sema o ne a le lilemo li 100 ha a e-ba le mora ea bitsoang Arpakshade.+ E ne e le lilemo tse peli ka mor’a Moroallo. 11 Ka mor’a hore Arpakshade a hlahe, Sema a phela lilemo tse 500 ’me a ba le bara le barali.+

12 Ha Arpakshade a le lilemo li 35, a ba le mora ea bitsoang Shela.+ 13 Ka mor’a hore Shela a hlahe, Arpakshade a phela lilemo tse 403 ’me a ba le bara le barali.

14 Ha Shela a le lilemo li 30, a ba le mora ea bitsoang Ebere.+ 15 Ka mor’a hore Ebere a hlahe, Shela a phela lilemo tse 403 ’me a ba le bara le barali.

16 Ha Ebere a le lilemo li 34, a ba le mora ea bitsoang Pelege.+ 17 Ka mor’a hore Pelege a hlahe, Ebere a phela lilemo tse 430 ’me a ba le bara le barali.

18 Ha Pelege a le lilemo li 30, a ba le mora ea bitsoang Reu.+ 19 Ka mor’a hore Reu a hlahe, Pelege a phela lilemo tse 209 ’me a ba le bara le barali.

20 Ha Reu a le lilemo li 32, a ba le mora ea bitsoang Seruge. 21 Ka mor’a hore Seruge a hlahe, Reu a phela lilemo tse 207 ’me a ba le bara le barali.

22 Ha Seruge a le lilemo li 30, a ba le mora ea bitsoang Nakore. 23 Ka mor’a hore Nakore a hlahe, Seruge a phela lilemo tse 200 ’me a ba le bara le barali.

24 Ha Nakore a le lilemo li 29, a ba le mora ea bitsoang Tera.+ 25 Ka mor’a hore Tera a hlahe, Nakore a phela lilemo tse 119 ’me a ba le bara le barali.

26 Ka mor’a hore Tera a phele lilemo tse 70, o ile a ba le bara. Mabitso a bona e ne e le Abrame,+ Nakore+ le Harane.

27 Ena ke histori ea Tera.

Tera o ile a ba le bara ba bitsoang Abrame, Nakore le Harane. Harane a ba le mora ea bitsoang Lota.+ 28 Harane a shoella naheng ea Ure+ ea Bakalde+ moo a hlahetseng teng ’me ntate oa hae Tera o ne a ntse a phela. 29 Abrame le Nakore ba ile ba nyala. Lebitso la mosali oa Abrame e ne e le Sarai+ ’me lebitso la mosali oa Nakore e le Milka,+ morali oa Harane. Harane e ne e le ntate oa Milka le Iska. 30 Sarai o ne a sa khone ho ba le bana.+

31 Tera a nka mora oa hae Abrame, ngoetsi ea hae Sarai mosali oa Abrame le Lota setloholo sa hae,+ mora oa Harane. Ba tloha le eena Ure ea Bakalde ba ea naheng ea Kanana.+ Ka mor’a nako ba fihla Harane+ eaba ba lula teng. 32 Tera o ile a phela lilemo tse 205 eaba o shoella Harane.

12 Jehova a re ho Abrame: “Tloha naheng ea heno, ho ba leloko la hao le ntlong ea ntate oa hao, u ee naheng eo ke tla u bontša eona.+ 2 Ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke u hlohonolofatse. Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale ’me batho ba tla hlohonolofatsoa ka lebaka la hao.+ 3 Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ke bitsetse bomalimabe ba u bitsetsang bomalimabe.+ Malapa ’ohle a lefatšeng a tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la hao.”+

4 Abrame a tsamaea feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse ’me Lota a tsamaea le eena. Abrame o ne a le lilemo li 75 ha a tloha Harane.+ 5 Abrame a nka lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona,+ a tsamaea le mosali oa hae Sarai,+ Lota ngoana oa ngoan’abo+ le basebeletsi bao a ba fumaneng Harane eaba ba ea naheng ea Kanana.+ Ha ba fihla teng, 6 Abrame a tsamaea ka har’a naha eo ho ea fihla Shikeme,+ haufi le lifate tse kholo tse sebakeng se bitsoang More.+ Ka nako eo, Bakanana ba ne ba lula naheng ea Kanana. 7 Jehova a hlaha ho Abrame a re: “Ke tla fa bana* ba hao+ naha ena.”+ Abrame a haha aletare sebakeng seo, moo Jehova Molimo a ileng a hlaha ho eena. 8 Hamorao a tloha moo a ea sebakeng se lithaba ka bochabela ho Bethele.+ A hloma tente ea hae pakeng tsa Bethele le Ai.+ Bethele e le ka bophirimela ’me Ai e le ka bochabela. O ile a hahela Jehova aletare+ moo eaba o qala ho bitsa lebitso la Jehova.+ 9 Ka mor’a moo, Abrame a hlomolla litente ’me a leba Negebe,+ a tsamaea a hloma litente libakeng ka ho fapana.

10 Ha e-ba le tlala naheng eo ’me Abrame a ea Egepeta ho ea lula teng ka nakoana*+ hobane tlala e ne e le kholo+ naheng eo a tsoang ho eona. 11 Ha a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosali oa hae Sarai: “Mamela hle, kea tseba hore u mosali e motle.+ 12 Ha Baegepeta ba u bona ba tla re, ‘Enoa ke mosali oa hae.’ Ba tla mpolaea empa uena ba ke ke ba u bolaea. 13 Ke kopa u re u khaitseli ea ka e le hore ke se ke ka etsahalloa ke letho. U tla be u sirelelitse bophelo ba ka.”+

14 Hang ha Abrame a fihla Egepeta, Baegepeta ba hlokomela hore Sarai o motle haholo. 15 Likhosana tsa Faro le tsona tsa mo bona ’me tsa bolella Faro kamoo a leng motle kateng eaba Sarai o isoa ka tlung ea Faro. 16 Faro a tšoara Abrame hantle ka lebaka la Sarai ’me a mo fa linku, likhomo, litonki tse tona le tse tšehali, basebeletsi ba banna le ba basali le likamele.+ 17 Jehova a otla Faro le ba lelapa la hae le basebeletsi ba hae habohloko ka lebaka la Sarai mosali oa Abrame.+ 18 Faro a bitsa Abrame a re: “Ke hobane’ng ha u nkentse tjee? Ke hobane’ng ha u sa mpolella hore mosali eo ke oa hao? 19 Ke hobane’ng ha u itse ke khaitseli ea hao?+ Ke batlile ke mo nyala. Mosali oa hao ke enoa. Mo nke ’me u tsamaee!” 20 Faro a laela bahlanka ba hae hore ba felehetse Abrame le mosali oa hae le lintho tsohle tseo a nang le tsona.+

13 Abrame a tloha Egepeta a ea Negebe+ le mosali oa hae le lintho tsohle tseo a nang le tsona. O ne a boetse a tsamaea le Lota. 2 Abrame o ne a e-na le silevera, khauta le liphoofolo tse ngata.+ 3 O ne a tsamaea a hloma litente libakeng ka ho fapana ha a ea Bethele a tsoa Negebe, ho fihlela a fihla pakeng tsa Bethele le Ai.+ O ne a kile a hloma tente ea hae moo. 4 O ne a kile a haha aletare moo pele. Abrame a bitsa lebitso la Jehova moo.

5 Lota o ne a tsamaea le Abrame ’me le eena o ne a e-na le linku, likhomo le litente. 6 Ba ne ba sa khone ho lula sebakeng se le seng hobane ba ne ba e-na le lintho tse ngata haholo. 7 Ka lebaka leo, balisa ba liphoofolo tsa Abrame le balisa ba liphoofolo tsa Lota ba qabana. (Ka nako eo, Bakanana le Bapereze ba ne ba lula naheng eo.)+ 8 Abrame a re ho Lota:+ “ ’Na le uena le balisa ba rona ha rea lokela ho qabana hobane ’na le uena re bana ba motho. 9 U ka ikhethela moo u batlang ho lula teng naheng ena. Ke kopa hore re arohane. Haeba u ea ka lehlakoreng le letšehali, ke tla ea ka ho le letona empa haeba u ea ka ho le letona, ke tla ea ka ho le letšehali.” 10 Ha Lota a sheba, a bona hore setereke sohle sa Jordane+ ho ea fihla Zooare+ ke sebaka se nang le metsi a mangata (ke pele Jehova a felisa Sodoma le Gomora), se tšoana le serapa sa Jehova+ le naha ea Egepeta. 11 Lota a khetha setereke sohle sa Jordane ’me a tlosa litente tsa hae a li isa ka bochabela. Ba arohana. 12 Abrame a lula naheng ea Kanana empa Lota a lula metseng ea setereke sa Jordane.+ Qetellong Lota a hloma litente tsa hae haufi le Sodoma. 13 Banna ba Sodoma ba ne ba le khopo, e le baetsalibe ba baholo ho Jehova.+

14 Ka mor’a hore Lota a arohane le Abrame, Jehova a re ho Abrame: “Ke kopa hore sebakeng seo u leng ho sona u shebe ka leboea, ka boroa, ka bochabela le ka bophirimela. 15 Naha eohle eo u e bonang ke tla e fa uena le bana* ba hao hore e be ea lona ka ho sa feleng.+ 16 Hape ke tla etsa hore bana* ba hao ba be bangata joaloka lerole la lefatše, ha ho na motho ea tla khona ho ba bala.+ 17 Tsamaea naha ena kaofela ’me u tsebe bolelele le bophara ba eona hobane ke tl’o u fa eona.” 18 Abrame a ’na a lula litenteng. Hamorao a lula har’a lifate tse kholo tsa Mamre+ tse Hebrone+ ’me a hahela Jehova aletare moo.+

14 Mehleng ea Amrafele morena oa Shinare,+ Arioke morena oa Elasare, Kedorlaomere+ morena oa Elame+ le Tidale morena oa Goime, 2 ba loantša Bera morena oa Sodoma,+ Birsha morena oa Gomora,+ Shinabe morena oa Adma, Shemebere morena oa Zeboime+ le morena oa Bela. Lebitso le leng la Bela ke Zooare. 3 Marena ana kaofela a kopanya masole a ’ona Khohlong* ea Sidime,+ Leoatleng la Letsoai.*+

4 Marena ana a ne a sebelelitse Kedorlaomere ka lilemo tse 12 empa ka selemo sa bo13 a mo fetohela. 5 Ka selemo sa bo14, Kedorlaomere a tla le marena a neng a e-na le eena ’me ba hlola Barefaime ba neng ba le Ashterothe-karnaime, Bazuzime ba leng Hame, Baemime+ ba leng Shave-kiriathaime 6 le Bahore+ thabeng ea bona ea Seire+ ho ea fihla Ele-parane e lefeelleng. 7 Ba khutla ba tla Ene-mishpate, e leng Kadeshe+ eaba ba hlola naha eohle ea Baamaleke+ le Baamore+ ba neng ba lula Hazazone-tamare.+

8 Morena oa Sodoma, morena oa Gomora, morena oa Adma, morena oa Zeboime le morena oa Bela, eo lebitso le leng la eona e leng Zooare, ba ikopanya ho ea loana Khohlong* ea Sidime, 9 ho loantša Kedorlaomere morena oa Elame, Tidale morena oa Goime, Amrafele morena oa Shinare le Arioke morena oa Elasare.+ Marena a mane a loantša a mahlano. 10 Khohlo* ea Sidime e ne e e-na le likoti tse ngata tsa sekontiri ’me marena a Sodoma le Gomora a oela ka har’a tsona ha a ne a leka ho baleha. Marena a mang a ile a balehela sebakeng se lithaba. 11 Marena a hlotseng a nka lintho tsohle tsa Sodoma le Gomora le lijo tsohle ’me a tsamaea.+ 12 A nka le Lota ngoana oa ngoan’abo Abrame. Lota o ne a lula Sodoma.+ A nka le lintho tsa hae eaba aa tsamaea.

13 Ka mor’a moo, ho ile ha tla monna e mong ea neng a phonyohile eaba o bolella Abrame oa Moheberu se etsahetseng. Abrame o ne a lula* har’a lifate tse kholo tsa Moamore ea bitsoang Mamre,+ abuti oa* Eshkole le Anere.+ Banna bana ba ne ba entse selekane le Abrame. 14 Ha Abrame a utloa hore e mong oa leloko la hae*+ o hapiloe, a bokella bahlanka ba hae ba koetlisitsoeng e leng basebeletsi ba 318 ba hlahetseng ntlong ea hae ’me a lelekisa marena ao ho ea fihla Dane.+ 15 Bosiu ba ikarola ’me eena le basebeletsi ba hae ba hlasela marena ao, ba a hlola. A a lelekisa ho fihlela Hoba e ka leboea ho Damaseka. 16 Abrame a khutla le Lota, ngoana oa ngoan’abo hammoho le lintho tsohle tsa hae. Hape a khutla le lintho tse ling tsohle tse neng li hapiloe, basali le batho ba bang kaofela.

17 Ha Abrame a khutla a hlotse Kedorlaomere le marena a neng a e-na le eena, morena oa Sodoma a mo khahlanyetsa Khohlong* ea Shave, eo hape e bitsoang Khohlo ea Morena.+ 18 Melkizedeke+ morena oa Saleme+ a tlisa bohobe le veine. E ne e le moprista oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.+

19 A mo hlohonolofatsa a re:

“Abrame a hlohonolofatsoe ke Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa,

Moetsi oa leholimo le lefatše.

20 Ho rorisoe Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa,

Ea u thusitseng ho hlola lira tsa hao!”

Eaba Abrame o mo fa karolo ea leshome ea lintho tsohle tse neng li hapiloe.+

21 Ka mor’a moo, morena oa Sodoma a re ho Abrame: “Mphe batho, uena u inkele thepa.” 22 Empa Abrame a re ho morena oa Sodoma: “Ke phahamisa letsoho la ka ke ikana ho Jehova Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, Moetsi oa leholimo le lefatše 23 hore nke ke ka nka letho la hao, leha e le khoele kapa lerapo la seeta* e le hore u se ke oa re, ‘Ke ’na ea ruisitseng Abrame.’ 24 Nke ke ka nka letho haese feela seo bahlankana ba seng ba se jele. Empa ha e le banna ba tsamaileng le ’na e leng Anere, Eshkole le Mamre,+ ba ke ba nke karolo ea bona.”

15 Ka mor’a moo, Jehova a bua le Abrame ponong a re: “Abrame, u se ke oa tšoha.+ Ke ’na thebe ea hao.+ Moputso oa hao o tla ba moholo haholo.”+ 2 Abrame a re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, u tla mpha eng ha e le moo ke ntse ke se na ngoana ’me mojalefa oa ntlo ea ka e le Eliezere+ monna ea tsoang Damaseka?” 3 Abrame a boela a re: “Ha oa mpha mora*+ ’me mohlanka oa ka o tla ntlhahlama e le mojalefa.” 4 Jehova a re ho eena: “Monna enoa ha se eena eo e tla ba mojalefa. Mora* oa hao ke eena eo e tla ba mojalefa.”+

5 Molimo a re Abrame a ee ka ntle eaba o re ho eena: “Ke kopa u shebe maholimong ’me u bale linaleli haeba u ka khona.” Ka mor’a moo a re: “Bana* ba hao ba tla ba bangata joaloka tsona.”+ 6 Abrame a bontša tumelo ho Jehova+ eaba Molimo o mo nka e le motho ea lokileng.+ 7 A boela a re: “Ke ’na Jehova, ea u ntšitseng Ure ea Bakalde ho u fa naha ena hore e be ea hao.”+ 8 Abrame a re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, ke tla tseba joang hore e tla ba ea ka?” 9 Molimo a re ho eena: “Ntlisetse khomo ea sethojana* e lilemo li tharo, poli e tšehali e lilemo li tharo, ramo e lilemo li tharo, leebana-khoroana le leeba le lenyenyane.” 10 A nka liphoofolo tsena tsohle, a li seha likarolo tse peli eaba o beha halofo e ’ngoe e shebane le e ’ngoe. Empa linonyana tsona a li tlohela a sa li seha. 11 Linonyana tse jang nama tsa theohela liphoofolong tseo tse shoeleng empa Abrame a ’na a li leleka.

12 Ha letsatsi le le haufi le ho likela, Abrame a tšoaroa ke boroko bo tebileng ’me ha e-ba le lefifi le tšosang. 13 Molimo a re ho Abrame: “Tseba hore bana* ba hao e tla ba balichaba naheng eo e seng ea bona le hore batho ba moo ba tla ba etsa makhoba ’me ba ba hlorise ka lilemo tse 400.+ 14 Empa ke tla ahlola sechaba seo bana ba hao ba tla se sebeletsa+ ’me ka mor’a moo ba tla tloha ba nkile lintho tse ngata.+ 15 Ha e le uena, u tla shoa ka khotso u se u holile ’me u patoe joaloka baholo-holo ba hao.+ 16 Empa moloko oa bone oa bana ba hao o tla khutlela mona+ hobane nako ea hore Baamore ba ahloloe ha e-s’o fihle.”+

17 Ha letsatsi le se le liketse ’me ho se ho le lefifi haholo, ha hlaha sebopi se kubellang mosi ’me lelakabe la mollo la feta pakeng tsa liphoofolo tse sehiloeng. 18 Letsatsing leo, Jehova a etsa selekane le Abrame+ a re: “Ke tla fa bana* ba hao naha ena,+ ho tloha nokeng ea Egepeta ho ea nokeng e kholo ea Eufrate.+ 19 Naha eo ke tla ba fa eona ke ea Bakene,+ Bakenize, Bakadmone, 20 Bahethe,+ Bapereze,+ Barefaime,+ 21 Baamore, Bakanana, Bagirgashe le Bajebuse.”+

16 Sarai mosali oa Abrame o ne a se na bana.+ Leha ho le joalo, o ne a e-na le mosebeletsi oa Moegepeta ea bitsoang Hagare.+ 2 Sarai a re ho Abrame: “Jehova o entse hore ke se ke ka ba le bana. Ke kopa hore u robale le mosebeletsi oa ka, mohlomong ke tla ba le bana ka eena.”+ Abrame a mamela Sarai. 3 Ha Abrame a e-na le lilemo tse leshome a lula naheng ea Kanana, Sarai a nka Hagare mosebeletsi oa hae oa Moegepeta ’me a mo fa monna oa hae Abrame hore e be mosali oa hae. 4 Abrame a robala le Hagare ’me a ima. Ha Hagare a hlokomela hore o imme, a qala ho tella Sarai mong’a hae.

5 Sarai a re ho Abrame: “Ke phoso ea hao hore ebe ke utloisitsoe bohloko. Ke ’na ea u fileng* mosebeletsi oa ka Hagare empa ha a hlokomela hore o imme, o ile a qala ho ntella. E se eka Jehova a ka ahlola hore na ke mang ea phoso pakeng tsa ka le uena.” 6 Abrame a re ho Sarai: “Hagare ke mosebeletsi oa hao, etsa ntho leha e le efe eo u batlang ho e etsa ka eena.” Sarai a tlotlolla Hagare eaba Hagare oa mo baleha.

7 Hamorao lengeloi la Jehova la mo fumana a le selibeng sa metsi lefeelleng, e leng seliba se tseleng e eang Shure.+ 8 La re: “Hagare mosebeletsi oa Sarai, u tsoa kae ’me u ea kae?” A re: “Ke baleha mong’a ka Sarai.” 9 Lengeloi la Jehova la re: “Khutlela ho mong’a hao Sarai ’me u fihle u ikokobeletse eena.” 10 Lengeloi la Jehova la re: “Ke tla etsa hore bana* ba hao ba be bangata haholo hoo ba ke keng ba baloa.”+ 11 Lengeloi la Jehova la boela la re: “U imme ’me u tla ba le mora. U mo rehe Ishmaele* hobane Jehova o utloile hore u mathateng. 12 E tla ba monna ea joaloka tonki e hlaha.* O tla loantša batho bohle le bona ba tla mo loantša. Hape o tla lula haufi le bana babo kaofela.”*

13 Hagare a bitsa lebitso la Jehova, ea neng a bua le eena a re: “U Molimo ea bonang lintho tsohle.”+ Eaba o re: “Na kannete ke bone ea mponang?” 14 Ke ka lebaka leo seliba seo se ileng sa bitsoa Beere-lahai-roi.* (Se pakeng tsa Kadeshe le Berede.) 15 Hagare a ba le mora ’me Abrame a mo reha Ishmaele.+ 16 Abrame o ne a le lilemo li 86 ha Hagare a e-ba le Ishmaele.

17 Ha Abrame a le lilemo li 99, Jehova a hlaha ho eena a re: “Ke ’na Molimo Ea Matla ’Ohle. Tsamaea litseleng tsa ka e le hore u hloke molato. 2 Ke tla etsa selekane le uena,+ ke be ke etse hore u be le litloholo tse ngata.”+

3 Abrame a khumama* ’me Molimo a re ho eena: 4 “Ke entse selekane le uena+ ’me u tla ba ntate oa lichaba tse ngata.+ 5 Ha u sa tla bitsoa Abrame* empa u tla bitsoa Abrahama* hobane ke tla u etsa ntate oa lichaba tse ngata. 6 Ke tla u atisa haholo ’me ho uena ho tla tsoa lichaba tse ngata le marena.+

7 Ke tla tšepahalla selekane seo ke se entseng le uena,+ bana* ba hao le meloko eohle ea bona. E tla ba selekane sa ka ho sa feleng sa hore ke tla ba Molimo oa hao le oa bana* ba hao. 8 Ke tla fa uena le bana* ba hao naha eo u neng u lula ho eona u le molichaba,+ e leng naha eohle ea Kanana. E tla ba ea lona ka ho sa feleng ’me ke tla ba Molimo oa bana* ba hao.”+

9 Molimo a re ho Abrahama: “Uena le bana* ba hao le meloko eohle ea bona le lokela ho tšepahalla selekane sa ka. 10 Sena ke selekane sa ka le lona, seo uena le bana* ba hao le tla se tšepahalla: Le bolotse motho e mong le e mong e motona.+ 11 Le lokela ho bolla. E tla ba letšoao la selekane seo ke se entseng le lona.+ 12 Melokong eohle ea hao, moshanyana e mong le e mong ea nang le matsatsi a robeli a hlahile o lokela ho bolla.+ Le moshanyana e mong le e mong ea hlahetseng ntlong ea hao le eo e seng ngoana* oa hao hammoho le monna ea rekiloeng ka chelete ho molichaba o lokela ho bolla. 13 Banna bohle ba hlahetseng ntlong ea hao le banna bohle ba rekiloeng ka chelete ea hao ba lokela ho bolla+ ’me selekane sa ka sa lebollo* e tla ba sa ka ho sa feleng. 14 Haeba motho leha e le ofe e motona a sa bolle, a bolaoe hobane o tlotse selekane sa ka.”

15 Molimo a re ho Abrahama: “Lebitso la mosali oa hao ha e sa tla ba Sarai,*+ e tla ba Sara.* 16 Ke tla mo hlohonolofatsa ’me ke u fe mora ka eena.+ Ke tla mo hlohonolofatsa ’me ho eena ho tla tsoa lichaba tse ngata. Marena a lichaba a tla tsoa ho eena.” 17 Abrahama a khumama ’me a tšeha a re ka pelong:+ “Na monna ea lilemo li 100 le Sara mosali ea lilemo li 90 ba ka ba le ngoana?”+

18 Abrahama a re ho Molimo oa ’nete: “E se eka u ka hlohonolofatsa Ishmaele!”+ 19 Molimo a re: “Kannete mosali oa hao Sara o tla ba le mora ’me u mo rehe Isaka.*+ Ke tla etsa selekane sa ka ho sa feleng le eena ’me se tla sebetsa le ho bana* ba hae.+ 20 Ke utloile seo u se kopileng ka Ishmaele. Ke tla mo hlohonolofatsa, ke mo atise ’me ke etse hore a be le litloholo tse ngata. E tla ba ntate oa likhosana tse 12 ’me ke tla mo etsa sechaba se seholo.+ 21 Leha ho le joalo, ke tla etsa selekane sa ka le Isaka,+ eo Sara a tla ba le eena selemong se tlang ka nako ena.”+

22 Molimo a tloha ha a qeta ho bua le Abrahama. 23 Letsatsing lona leo Abrahama a bolotsa mora oa hae Ishmaele, banna bohle ba hlahetseng ntlong ea hae le bohle bao a neng a ba rekile ka chelete, e leng banna bohle* ba ntlo ea Abrahama. O ile a etsa seo Molimo a mo boleletseng sona.+ 24 Abrahama o ne a le lilemo li 99 ha a bolla.+ 25 Mora oa hae Ishmaele o ne a le lilemo li 13 ha a bolla.+ 26 Letsatsing leo Abrahama a bolla le mora oa hae Ishmaele. 27 A bolla le banna bohle ba ntlo ea hae, e leng bohle ba hlahetseng ntlong ea hae le ba rekiloeng ka chelete ho balichaba.

18 Ha Abrahama a ntse a lutse monyako oa tente, Jehova+ a hlaha ho eena har’a lifate tse kholo tsa Mamre.+ E ne e le motšehare ’me ho chesa haholo. 2 Abrahama a phahamisa hlooho ’me a bona banna ba bararo ba eme hole le eena.+ A tloha monyako oa tente, a ba mathela ho ea ba khahlanyetsa. A fihla a khumama* ka pel’a bona. 3 A re: “Jehova, haeba u nkamohela ke kopa u pote ha ka. 4 Ke kopa hore le tlisetsoe metsi ’me maoto a lona a hlatsuoe+ ebe le phomola tlas’a sefate. 5 Kaha le tlile ho ’na, e-reng ke tlise bohobe e le hore le fumane matla.* Ka mor’a moo, le ka tsoela pele ka leeto la lona.” Ba re: “Ho lokile, u ka etsa joalo.”

6 Abrahama a potlakela tenteng ho Sara eaba o re: “Potlaka! Nka libaskete tse tharo* tsa phofo e sitsoeng hantle, u lube hlama ’me u etse lilofo tsa bohobe.” 7 Abrahama a mathela mohlapeng ’me a khetha pohoana e ntle. Mohlanka oa hae a potlaka, a e hlaba ’me a e pheha. 8 Abrahama a nka botoro le lebese le pohoana e neng e phehiloe ’me a beha lijo tseo ka pel’a bona. A ema pel’a bona tlas’a sefate ha ba ntse ba ja.+

9 Ba re ho eena: “Mosali oa hao Sara o kae?”+ A re: “O ka mona ka tenteng.” 10 E mong oa bona a re: “Ke tla khutlela ho uena selemong se tlang ka eona nako ena ’me mosali oa hao Sara o tla be a e-na le mora.”+ Sara o ne a mametse a le monyako oa tente e neng e le ka mor’a monna eo. 11 Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse.+ Sara o ne a fetile lilemo tsa ho ba le bana.*+ 12 Sara a tšeha a le mong a re: “Ha ’na le moren’a ka re se re tsofetse tjee, na ke tla thabela ho ba le ngoana?”+ 13 Jehova a re ho Abrahama: “Ke hobane’ng ha Sara a ile a tšeha ’me a re, ‘Na kannete ke tla ba le ngoana le hoja ke tsofetse?’ 14 Na ho na le ntho e ka hlolang Jehova?+ Ke tla khutlela ho uena selemong se tlang ka eona nako ena ’me Sara o tla be a e-na le mora.” 15 Empa kaha Sara o ne a tšohile a re: “Ha kea tšeha!” Molimo a re: “U tšehile.”

16 Banna bao ba tsamaea eaba Abrahama oa ba felehetsa ’me ha ba le tseleng, ba bona Sodoma.+ 17 Jehova a re: “Na ke patela Abrahama seo ke tl’o se etsa?+ 18 Abrahama e tla ba sechaba se seholo le se matla ’me lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la hae.+ 19 Ke khethile* Abrahama e le hore a ka laela bara ba hae le litloholo tsa hae* hore li phele ka tsela e thabisang Jehova, ka hore ba etse lintho tse nepahetseng+ e le hore Jehova a ka phethahatsa seo a se tšepisitseng Abrahama.”

20 Jehova a re: “Ke utloile kamoo batho ba tletlebang kateng ka Sodoma le Gomora.+ Kannete baahi ba metse eo ba etsa lintho tse mpe haholo.+ 21 Ke tla ea ke e’o bona hore na lintho tseo batho ba tletlebang ka tsona ke ’nete. Ke tla tseba haeba ha ho joalo.”+

22 Banna bao ba tsamaea ba ea Sodoma empa Jehova+ a sala le Abrahama. 23 Abrahama a atamela Molimo ’me a re: “Na kannete u tla felisa ea lokileng le ea khopo?+ 24 Haeba motseng oo ho e-na le batho ba lokileng ba 50, na u tla o felisa kapa u tla o tšoarela ka lebaka la batho bao ba 50? 25 Ha ho utloahale hore u bolaee batho ba lokileng le ba khopo joalokaha eka ha ho na phapang pakeng tsa bona.+ Kannete ha ho utloahale hore u etse joalo+ hobane u Moahloli oa lefatše lohle ea ahlolang ka toka.”+ 26 Jehova a re: “Haeba nka fumana batho ba 50 ba lokileng motseng oa Sodoma, ke tla tšoarela motse oohle ka lebaka la bona.” 27 Empa Abrahama a re: “Ke kopa hore u ntumelle hore ke ’ne ke bue le uena Jehova le hoja ke le motho ea tlase* ka pel’a hao. 28 Haeba u ka fumana batho ba bahlano ba sa lokang har’a ba 50 ba lokileng, na u ntse u tla felisa motse ka lebaka la batho bao ba bahlano?” Molimo a re: “Nke ke ka o felisa haeba ke fumana batho ba 45 ho oona.”+

29 Empa Abrahama a re ho Molimo: “Haeba ho fumanoa batho ba 40 motseng oo teng?” Molimo a re: “Nke ke ka o felisa ka lebaka la batho bao ba 40.” 30 Hape a re: “Jehova, ke kopa hore u se ke oa nkhalefela+ empa e-re ke tsoele pele ho bua: Haeba ho fumanoa batho ba 30 feela motseng oo teng?” Molimo a re: “Nke ke ka o felisa ka lebaka la batho bao ba 30.” 31 Abrahama a re: “Ke kopa u ntumelle hore ke ’ne ke bue le uena Jehova: Ha u ka fumana batho ba 20 feela teng?” Molimo a re: “Nke ke ka o felisa haeba nka fumana batho ba 20 ho oona.” 32 Qetellong a re: “Jehova, ke kopa hore u se ke oa nkhalefela empa e-re ke bue ka lekhetlo la ho qetela: Haeba u ka fumana batho ba leshome feela teng?” Molimo a re: “Nke ke ka o felisa haeba ke fumana batho ba leshome ho oona.” 33 Ha Jehova a qeta ho bua le Abrahama, a tsamaea+ eaba Abrahama o khutlela ha hae.

19 Mangeloi ao a mabeli a fihla Sodoma mantsiboea. Lota o ne a lutse keiting ea Sodoma ’me ha a bona mangeloi ao, a a khahlanyetsa eaba oa a khumamela.+ 2 A re ho ’ona: “Maren’a ka, ke kopa le tle ha ka le robaletse ’me maoto a lona a hlatsuoe ebe hoseng lea tsamaea.” Eaba a re: “Che, re tla robala lebaleng la motse.” 3 Empa a a phehella hoo a ileng a ea le eena ha hae. A a etsetsa mokete ’me a baka bohobe bo se nang tomoso eaba aa ja.

4 Le pele mangeloi ao a robala, banna bohle ba motse oa Sodoma ho tloha ho moshanyana ho ea ho monna-moholo ba bokanela ntlo eo. 5 Ba ’na ba hoeletsa Lota ba re ho eena: “Banna ba tlileng ho uena bosiung boo ba kae? Ba tlise koano re tl’o etsa thobalano le bona.”+

6 Lota a tsoa a ea ho bona monyako ’me a koala lemati. 7 A re: “Bana beso ke kopa le se ke la etsa ntho e mpe hakana. 8 Ke na le barali ba babeli ba e-s’o ka ba robala le monna. E-reng ke le tlisetse bona hore le etse sohle seo le se batlang ka bona. Empa ha e le banna bana le se ke la ba etsa letho hobane ke baeti ntlong ea ka.”*+ 9 Ba re: “Suthela koana!” Ba boela ba re: “Molichaba enoa ea se nang ba habo o tlile ho tla lula mona, joale ke enoa o sebete sa ho re ahlola. Re tla u etsa ntho e e-s’o bonoe.” Ba bokanela* Lota ’me ba mo sutumelletsa monyako hore ba robe lemati. 10 Banna ba ka tlung ba hula Lota eaba ba koala lemati. 11 Empa ba foufatsa banna ba neng ba le monyako oa ntlo, ho tloha ho e monyenyane ho ea ho e moholo, hoo ba ileng ba khathala ke ho batla hore na lemati le hokae.

12 Banna bao ba re ho Lota: “Na u na le ba heno moo? Tsoa sebakeng sena le bona, ebang ke bakhoenyana ba hao, bara ba hao, barali ba hao le bohle ba ntlo ea hao. 13 Re tl’o felisa motse ona kaha Jehova o utloile sello se entsoeng ka oona.+ Ke kahoo Jehova a re rometseng ho tla o felisa.” 14 Lota a tsoa eaba o bua le bakhoenyana ba hae ba neng ba tl’o nyala barali ba hae ’me a ’na a re: “Potlakang! Tsoang sebakeng sena hobane Jehova o tl’o felisa motse ona.” Empa ha baa ka ba mo nkela hloohong.+

15 Ha e e-ba mesong, mangeloi a phehella Lota hore a potlake, a re ho eena: “Potlaka! Tsoa le mosali oa hao le barali ba hao ba babeli e le hore le se ke la felisoa hammoho le motse ona ka lebaka la sebe sa oona.”+ 16 Jehova a mo hauhela+ ha a ntse a lieha ’me banna bao ba mo tšoara ka letsoho hammoho le mosali oa hae le barali ba hae ba babeli, ba ba ntšetsa ka ntle ho motse.+ 17 Ha ba qeta ho ba ntšetsa ka ntle ho motse, e mong oa banna bao a re: “Balehang e le hore le pholohe! Le se ke la hetla+ kapa la ema kae kapa kae seterekeng sena!+ Balehelang lithabeng e le hore le se ke la felisoa!”

18 Lota a re ho bona: “Jehova, ke kopa ho ea sebakeng se seng eseng moo. 19 U nkhauhetse ebile u mpontšitse mosa o moholo* ka ho pholosa bophelo ba ka.+ Empa ha ke khone ho balehela lithabeng hobane ke tšaba hore ke tla hlaheloa ke tlokotsi ebe kea shoa.+ 20 Ho na le motse o monyenyane o haufi, oo nka balehelang ho oona. Ke kopa u ntumelle hore ke balehele moo e le hore ke tle ke pholohe. Ke motse o monyenyane.” 21 A re ho eena: “Ho lokile, ke tla u hauhela+ hape ka hore ke se ke ka felisa motse oo u buang ka oona.+ 22 Potlaka! Balehela teng hobane nke ke ka etsa letho ho fihlela u fihla teng.”+ Ke ka lebaka leo motse oo o ileng oa rehoa Zooare.*+

23 Letsatsi le ne le se le chabile ha Lota a fihla Zooare. 24 Eaba Jehova o nesa mollo le sebabole Sodoma le Gomora. Li ne li tsoa ho Jehova maholimong.+ 25 A felisa metse ena le setereke sohle, ho akarelletsa le baahi bohle ba metse ena le limela tsa naha.+ 26 Empa mosali oa Lota o ne a ntse a tla ka mor’a Lota eaba oa hetla ’me a fetoha seemahale sa letsoai.+

27 Abrahama a tsoha hoseng haholo a ea sebakeng seo a neng a eme ho sona ka pel’a Jehova.+ 28 Ha a sheba tlase motseng oa Sodoma le oa Gomora le seterekeng sohle, a bona ntho e makatsang. Ho ne ho nyoloha mosi o motšo naheng eo, o joaloka mosi oa sebopi.+ 29 Molimo a hopola seo a neng a se boleletse Abrahama. Kahoo, ha Molimo a felisa metse ea setereke seo, a ntša Lota metseng eo. Ke metse eo Lota a neng a lula ho eona.+

30 Hamorao Lota a tloha Zooare le barali ba hae ba babeli ’me a ea lula lithabeng+ hobane o ne a tšaba ho lula Zooare.+ A lula ka lehaheng le barali ba hae ba babeli. 31 Morali oa hae e moholo a re ho e monyenyane: “Ntate o tsofetse ’me naheng ena ha ho na monna ea tla robala le rona ho ea kamoo ho tloaelehileng kateng lefatšeng lohle. 32 A re fe Ntate veine hore a noe ’me re robale le eena e le hore re be le bana ka eena.”

33 Bosiung bona boo ba ’na ba fa ntate oa bona veine hore a noe. Morali e moholo a robala le ntate oa hae empa Lota ha aa ka a utloa ha morali oa hae a robala le eena le ha a tsoha. 34 Letsatsing le hlahlamang morali e moholo a re ho e monyenyane: “Ke robetse le Ntate maobane bosiu. A re mo fe veine hore a noe le bosiung bona. U robale le eena e le hore re be le bana ka eena.” 35 Le bosiung boo ba ’na ba fa ntate oa bona veine hore a noe. E monyenyane a robala le eena empa Lota ha aa ka a utloa ha e monyenyane a robala le eena le ha a tsoha. 36 Barali ba Lota ka bobeli ba imisoa ke ntate oa bona. 37 Morali e moholo a ba le mora eaba o mo reha Moabe.+ Ke eena ntate oa bao kajeno ba tsejoang e le Bamoabe.+ 38 Morali e monyenyane le eena a ba le mora ’me a mo reha Ben-ami. Ke eena ntate oa bao kajeno ba tsejoang e le Baamone.+

20 Abrahama a tlosa litente tsa hae moo,+ a li isa naheng ea Negebe eaba o lula pakeng tsa Kadeshe+ le Shure.+ Ha a ntse a lula* Gerare,+ 2 o ne a tloaetse ho re ka mosali oa hae Sara: “Ke khaitseli ea ka.”+ Abimeleke morena oa Gerare a roma bahlanka ba hae hore ba late Sara.+ 3 Bosiu Molimo a tla ho Abimeleke torong eaba o re ho eena: “U tl’o shoa hobane u nkile Sara+ kaha o nyetsoe.”+ 4 Empa Abimeleke o ne a e-s’o mo etse letho.* Kahoo a re: “Jehova, na u tla bolaea sechaba se se nang molato?* 5 Abrahama o itse Sara ke khaitseli ea hae, le eena Sara o itse Abrahama ke abuti oa hae. Ha ke na molato. Ke ne ke sa tsebe hore ke etsa phoso.” 6 Molimo oa ’nete a re ho eena torong: “Ke bone hore u ne u sa tsebe hore u etsa phoso eaba kea u thiba hore u se ke oa etsa sebe. Ke kahoo ke sa u lumellang hore u mo thetse. 7 Khutlisa mosali oa monna eo hobane monna eo ke moprofeta,+ o tla u etsetsa thapeli+ ’me u tla ’ne u phele. Empa haeba u sa mo khutlise, uena le batho bohle ba hao le tla shoa.”

8 Abimeleke a tsoha hoseng haholo eaba o bitsa bahlanka bohle ba hae, a ba bolella lintho tsena tsohle ’me ba tšoha haholo. 9 Abimeleke a bitsa Abrahama eaba o re ho eena: “Ke hobane’ng ha u re entse tjee? Ke u entse’ng hoo u ka tlisetsang ’na le ’muso oa ka sebe se seholo hakaale? Ntho eo u nkentseng eona ha ea loka.” 10 A boela a re ho Abrahama: “Ke hobane’ng ha u ne u etsa tjee?”+ 11 Abrahama a re: “Ke entse joalo hobane ke ne ke nahana hore batho ba mona ha ba tšabe Molimo ’me ba tla mpolaea ka lebaka la mosali oa ka.+ 12 Ntle ho moo, kannete ke khaitseli ea ka. Ke morali oa ntate oa ka empa eseng oa ’mè oa ka. Ke ile ka mo nyala.+ 13 Ha Molimo a re ke tlohe ntlong ea Ntate+ ’me ke be moleleri, ke ile ka re ho Sara: ‘U etse tjena ho bontša hore oa nthata:* Ha u bua ka ’na hohle moo re eang teng, u re: “Ke abuti oa ka.”’”+

14 Ka mor’a moo, Abimeleke a fa Abrahama linku le likhomo, a mo fa le basebeletsi ba banna le ba basali ’me a khutlisetsa Sara ho Abrahama. 15 Abimeleke a re: “Ke u fa naha ea ka. Lula hohle moo u batlang.” 16 A re ho Sara: “Ke fa abuti oa hao+ lichelete tsa silevera tse 1 000. Ke pontšo ea hore ha u na molato ka pel’a batho bohle ba nang le uena le batho ba bang kaofela ’me ba tla u hlompha.” 17 Abrahama a etsa thapeli ho Molimo oa ’nete ’me Molimo a folisa Abimeleke le mosali oa hae le basebeletsi ba hae ba basali eaba ba qala ho ba le bana. 18 Jehova o ne a entse hore basali bohle ba ntlo ea Abimeleke ba se ke ba e-ba le bana* ka lebaka la Sara, mosali oa Abrahama.+

21 Jehova a khutlela ho Sara feela joalokaha a ne a boletse ’me Jehova a etsetsa Sara seo a neng a mo tšepisitse sona.+ 2 Sara a ima+ ’me a tsoalla Abrahama mora botsofaling ba hae ka nako eo Molimo a neng a itse o tla ba le mora ka eona.+ 3 Abrahama a reha mora oa hae ea tsoetsoeng ke Sara lebitso la Isaka.+ 4 Ha Isaka a e-na le matsatsi a robeli a hlahile, Abrahama a mo bolotsa feela joalokaha Molimo a ne a mo laetse.+ 5 Abrahama o ne a le lilemo li 100 ha Isaka a hlaha. 6 Sara a re: “Molimo o entse hore ke thabe, bohle ba utloang ka taba ena ba tla thaba* le ’na.” 7 A boela a re: “Ke mang ea neng a ka nahana hore ’na Sara ke tla tsoalla Abrahama mora? Empa ke ’na enoa ke mo tsoaletse mora botsofaling ba hae.”

8 Isaka a hola ’me a khoesoa* eaba Abrahama o etsa mokete o moholo letsatsing leo Isaka a khoesitsoeng ka lona. 9 Empa Sara a hlokomela hore mora eo Hagare+ oa Moegepeta a mo tsoaletseng Abrahama, o ne a soma Isaka.+ 10 A re ho Abrahama: “Leleka mosali enoa oa mosebeletsi le mora oa hae hobane mora oa hae a ke ke a ja lefa le mora oa ka Isaka.”+ 11 Abrahama a utloisoa bohloko ke ntho eo Sara a e buileng ka mora oa hae.+ 12 Molimo a re ho Abrahama: “U se ke oa utloisoa bohloko ke ntho eo Sara a e buileng ka moshanyana le ka mosebeletsi oa hao. Mo mamele* hobane u tla ba le litloholo* ka Isaka.+ 13 Ke tla etsa hore ho tsoe sechaba+ ho mora oa mosebeletsi oa hao+ hobane le eena ke ngoana* oa hao.”

14 Abrahama a tsoha hoseng haholo ’me a nka bohobe le lekuka* le tšetseng metsi, a li beha lehetleng la Hagare eaba o re a tsamaee le mora oa hae.+ Hagare a tsamaea ’me a lelera lefeelleng la Beersheba.+ 15 Metsi a ka lekukeng a fela eaba o sutumelletsa moshanyana tlas’a lihlahla. 16 A tloha ’me a lula a le mong hoo e ka bang bohole ba moo motsu oa seqha o ka fihlang teng, a re: “Ha ke batle ho bona ha moshanyana oa ka a shoa.” A lula holenyana eaba o lla habohloko.

17 Molimo a utloa lentsoe la moshanyana+ ’me lengeloi la Molimo la bitsa Hagare le le maholimong la re ho eena:+ “Molato ke’ng Hagare? U se ke oa tšoha hobane Molimo o utloile lentsoe la moshanyana oa hao moo a leng teng. 18 Ema, phahamisa moshanyana ’me u mo tšoare ka letsoho hobane ke tla mo etsa sechaba se seholo.”+ 19 Molimo a etsa hore Hagare a bone seliba sa metsi. Hagare a ea ho sona ’me a tlatsa metsi ka lekukeng eaba o fa moshanyana oa hae hore a noe. 20 Molimo o ne a sireletsa moshanyana+ eo ha a ntse a hola. O ile a lula lefeelleng ’me ea e-ba setsomi se sebelisang seqha. 21 O ile a lula lefeelleng la Parane.+ ’Mè oa hae o ile a mo fumanela mosali oa Moegepeta.

22 Ka nako eo, Abimeleke a bua le Abrahama a e-na le Fikole molaoli oa masole a hae a re: “Molimo o na le uena linthong tsohle tseo u li etsang.+ 23 Ntlhapanyetse ka Molimo hore u ke ke oa etsetsa ’na, bana le litloholo tsa ka bolotsana le hore u tla ba mosa* ho ’na le ho baahi ba naha ena eo esale u lula ho eona joalokaha ke ile ka ba mosa ho uena.”+ 24 Abrahama a re: “Kea hlapanya.”

25 Leha ho le joalo, Abrahama a tletleba ho Abimeleke ka seliba sa metsi seo bahlanka ba Abimeleke ba neng ba se nkile ka manganga.+ 26 Abimeleke a re: “Ha ke tsebe hore na ke mang ea entseng ntho ena. Ha oa mpolella ka eona ’me ke hona ke utloang kajeno.” 27 Eaba Abrahama o nka linku le likhomo o li fa Abimeleke ’me ka bobeli ba etsa selekane. 28 Ha Abrahama a arola likonyana tse tšehali tse supileng ho liphoofolo tse ling, 29 Abimeleke a re ho Abrahama: “Ke hobane’ng ha u beheletse likonyana tsee tse tšehali tse supileng ka thoko?” 30 Abrahama a re: “Ke likonyana tseo ke u fang tsona e le bopaki ba hore ke chekile seliba sena.” 31 Ke ka lebaka leo a ileng a reha sebaka seo Beersheba*+ hobane ka bobeli ba entse kano ho sona. 32 Ba etsa selekane+ Beersheba ’me ka mor’a moo Abimeleke le Fikole molaoli oa masole a hae ba khutlela naheng ea Bafilista.+ 33 Abrahama a lema sefate sa tamariske Beersheba ’me a bitsa lebitso la Jehova,+ Molimo oa ka ho sa feleng.+ 34 Abrahama a lula* naheng ea Bafilista nako e telele.*+

22 Molimo oa ’nete a leka Abrahama+ ’me a re ho eena: “Abrahama!” Abrahama a re: “Ke ’na enoa!” 2 Molimo a re: “Ke kopa u ee naheng ea Moria+ le mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo+ Isaka+ ’me u etse sehlabelo sa secheso ka eena moo, holim’a e ’ngoe ea lithaba tseo ke tla u bontša tsona.”

3 Abrahama a tsoha hoseng haholo, a qhaneha tonki ea hae eaba o tsamaea le bahlanka ba hae ba babeli le mora oa hae Isaka. A kapa patsi bakeng sa sehlabelo sa secheso ’me a ea sebakeng seo Molimo oa ’nete a mo bontšitseng sona. 4 Ka letsatsi la boraro, Abrahama a bonela sebaka seo holenyana. 5 A re ho bahlanka ba hae: “Salang mona le tonki empa ’na le mora oa ka re tla ea mane ho ea rapela ’me re tla khutlela ho lona.”

6 Abrahama a jarisa mora oa hae Isaka patsi ea sehlabelo sa secheso. A nka mollo le thipa* ’me ba tsamaea ba le babeli. 7 Isaka a re ho ntate oa hae: “Ntate!” Eaba Abrahama o re: “Ke mametse mora oa ka.” Isaka a re: “Mollo le patsi ke tsena empa nku ea sehlabelo sa secheso e hokae?” 8 Abrahama a re: “Mora oa ka, Molimo ke eena ea tla fana ka nku ea sehlabelo sa secheso.”+ Eaba ba tsoela pele ka leeto la bona.

9 Ba fihla sebakeng seo Molimo oa ’nete a mo bontšitseng sona eaba Abrahama o haha aletare moo ’me o beha patsi holim’a eona. A tlama mora oa hae Isaka maoto le matsoho ’me a mo beha aletareng holim’a patsi.+ 10 Abrahama a nka thipa* e le hore a bolaee mora oa hae.+ 11 Empa lengeloi la Jehova la mo bitsa le le maholimong la re: “Abrahama, Abrahama!” A araba a re: “Ke ’na enoa!” 12 Lengeloi la re: “U se ke oa bolaea moshanyana eo ’me u se ke oa mo etsa letho kaha joale kea tseba hore u tšaba Molimo hobane ha oa nkhanela ka mora oa hao ea mong feela.”+ 13 Ha Abrahama a sheba pelenyana mane, a bona ramo e tšoasehileng ka linaka lihlahleng. Abrahama a ea ’me a nka ramo a etsa sehlabelo sa secheso ka eona, eseng ka mora oa hae. 14 Abrahama a reha sebaka seo Jehova-jire.* Ke ka lebaka leo le kajeno ho ntseng ho thoe: “Jehova o tla fana ka lintho tse hlokahalang thabeng ea hae.”+

15 Lengeloi la Jehova la bitsa Abrahama ka lekhetlo la bobeli le le maholimong, 16 la re: “Jehova o re, ‘Ke hlapanya ka ’na+ hore ka lebaka la seo u se entseng le hore ha oa ka oa nkhanela ka mora oa hao ea mong feela,+ 17 ke tla u hlohonolofatsa ’me ke etse hore bana* ba hao ba be bangata joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle+ ’me ngoana* oa hao o tla nka metse* ea lira tsa hae.+ 18 Lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la ngoana* oa hao+ hobane u mametse lentsoe la ka.’”+

19 Ka mor’a moo, Abrahama a khutlela ho bahlanka ba hae eaba ba khutlela Beersheba+ hammoho ’me Abrahama a tsoela pele ho lula teng.

20 Abrahama a fumana tlaleho e reng: “Milka o tsoalletse ngoan’eno Nakore+ bara: 21 Letsibolo ke Utse, oa bobeli ke Buze ’me ba latelang ke Kemuele (ntate oa Arame), 22 Kesede, Hazo, Pildashe, Jidlafe le Bethuele.”+ 23 Bethuele a ba le morali ea bitsoang Rebeka.+ Milka a tsoalla Nakore ngoan’abo Abrahama bara bao ba robeli. 24 Reuma, e leng serethe* sa hae a ba le bara e leng Teba, Gahame, Tahashe le Maaka.

23 Sara o ne a le lilemo li 127 ha a shoa.+ 2 Sara a shoella Kiriathe-arba+ e boetseng e tsejoa e le Hebrone,+ naheng ea Kanana.+ Abrahama a utloa bohloko haholo a ba a mo llela. 3 Abrahama a tloha ka pel’a mofu oa hae eaba o bua le bara ba Hethe+ o re: 4 “Ke molichaba ’me ke lula le lona.+ Mpheng sebaka sa lepato libakeng tsa lona e le hore ke pate mofu oa ka.” 5 Bara ba Hethe ba re ho Abrahama: 6 “Re mamele moren’a ka. Rea hlokomela hore u khosana* e khethiloeng ke Molimo.+ U ka pata mofu oa hao libakeng tsa rona tsa lepato. Ha re na u hanela ho pata mofu oa hao ho tsona.”

7 Abrahama a ema eaba o inama ka pel’a baahi ba naha eo e leng bara ba Hethe+ 8 ’me a re ho bona: “Haeba le ntumella hore ke pate mofu oa ka, ’mameleng ’me le kope Efrone mora oa Zohare 9 hore a nthekisetse lehaha le qetellong ea tšimo ea hae e Makpela. Le be teng ha a nthekisetsa lona e le hore nka ba le sebaka sa lepato.+ Ke tla lefa silevera+ eohle e hlokahalang ho le reka.”

10 Efrone oa Mohethe o ne a lutse le bara ba Hethe. Eaba o araba Abrahama moo bara ba Hethe ba ntseng ba utloa le ka pel’a batho bohle ba kenang keiting ea motse,+ o re: 11 “Che, moren’a ka! ’Mamele. Ke u fa tšimo le lehaha le ho eona ka pel’a bara ba sechaba sa heso. Pata mofu oa hao moo.” 12 Abrahama a inama ka pel’a batho ba naha eo 13 ’me a bua le Efrone moo batho ba ntseng ba utloa, a re: “Ke kopa u ’mamele. Ke tla u fa silevera e feletseng bakeng sa tšimo. Nka silevera ena e le hore nka pata mofu oa ka moo.”

14 Efrone a araba Abrahama a re: 15 “ ’Mamele moren’a ka. Tšimo ena ke likotoana* tse 400 tsa silevera empa eo ha se eona ntho ea bohlokoa. Pata mofu oa hao.” 16 Abrahama a mamela Efrone eaba o bekhela Efrone silevera eo a buileng ka eona ka pel’a bara ba Hethe, e leng likotoana* tsa silevera tse 400 ho ea ka tekanyo e amoheloang ke bo-rakhoebo.+ 17 Tšimo ea Efrone e Makpela, e neng e le ka pel’a Mamre le lehaha le ho eona le lifate tsohle tse neng li le ka har’a meeli ea tšimo, tsa fuoa 18 Abrahama e le lintho tseo a li rekileng ka pel’a bara ba Hethe le ka pel’a bohle ba kenang keiting ea motse. 19 Ka mor’a moo, Abrahama a pata mosali oa hae Sara lehaheng la tšimo e Makpela ka pel’a Mamre e Hebrone, naheng ea Kanana. 20 Bara ba Hethe ba fa Abrahama tšimo le lehaha hore e be sebaka sa lepato.+

24 Abrahama o ne a se a tsofetse ’me Jehova o ne a mo hlohonolofalitse linthong tsohle.+ 2 Abrahama a re ho mohlanka oa hae e moholo lelapeng la hae, ea neng a okametse lintho tsohle tseo a nang le tsona:+ “Ke kopa u behe letsoho la hao tlas’a serope sa ka* 3 ’me ke tla etsa hore u hlapanye ka Jehova, Molimo oa maholimo le Molimo oa lefatše hore u ke ke oa nkela mora oa ka mosali ho barali ba Bakanana, bao ke lulang har’a bona.+ 4 Empa u ee naheng ea heso le ho ba leloko la ka+ ’me u nkele mora oa ka Isaka mosali teng.”

5 Leha ho le joalo, mohlanka oa hae a re ho eena: “Ke etse’ng haeba mosali eo a sa batle ho tla le ’na naheng ee? Ke khutlisetse mora oa hao naheng eo u tsoang ho eona?”+ 6 Eaba Abrahama o re ho eena: “U se ke oa isa mora oa ka moo.+ 7 Jehova Molimo oa maholimo, ea ntlositseng ntlong ea Ntate le naheng ea heso,+ le ea buileng le ’na ’me a ntlhapanyetsa+ a re: ‘Ke tla fa bana* ba hao+ naha ena,’+ o tla romela lengeloi la hae hore le u etelle pele+ ’me u tla nkela mora oa ka mosali moo.+ 8 Haeba mosali eo a sa batle ho tla le uena, u tla be u lokolohile kanong ena. Empa u se ke oa isa mora oa ka moo.” 9 Mohlanka eo a beha letsoho tlas’a serope sa mong’a hae Abrahama ’me a mo hlapanyetsa.+

10 Mohlanka eo a nka likamele tse leshome tsa mong’a hae eaba o tsamaea a nkile lintho tsa mefuta eohle tse ntle tse tsoang ho mong’a hae. A ea motseng oa Nakore o Mesopotamia. 11 A etsa hore likamele li bothe selibeng sa metsi se ka ntle ho motse. E ne e ka ba mantsiboea, nakong eo basali ba neng ba tsoa ho ea kha metsi. 12 A re: “Jehova Molimo oa mong’a ka Abrahama, ke kopa u nkatlehise letsatsing lena ’me u bontše mong’a ka Abrahama lerato.* 13 Ke eme selibeng sa metsi ’me barali ba motse ona ba ntse ba tla ho tla kha metsi. 14 E se eka moroetsana eo etlare ha ke re ho eena, ‘Ke kopa u theole nkho ea hao e le hore ke noe’ ebe o re, ‘Noa ebile ke tla khella le likamele tsa hao metsi,’ eo e ke e be eena eo o tla mo khethela mohlanka oa hao Isaka ’me ke tla tseba ka sena hore o bontšitse mong’a ka lerato.”

15 Le pele a qeta ho bua, Rebeka morali oa Bethuele,+ mora oa Milka+ le Nakore+ ngoan’abo Abrahama, a fihla a behile nkho ea hae lehetleng. 16 Moroetsana enoa o ne a le motle haholo ’me ho ne ho se monna ea kileng a robala le eena. A theohela selibeng, a tlatsa nkho ea hae eaba oa nyoloha. 17 Hang-hang mohlanka oa Abrahama a matha ho ea mo khahlanyetsa ’me a re: “Ke kopa u mphe metsinyana ka nkhong ea hao.” 18 A re: “Noa moren’a ka.” Ka potlako a theola nkho ea hae, a e tšoara ka letsoho ’me a mo fa metsi. 19 Ha a qeta ho mo fa metsi a re: “Ke tla khella le likamele tsa hao metsi ho fihlela li khotsofala.” 20 Ka potlako a tšela metsi a neng a le ka nkhong ea hae ka senoelong eaba o matha ka makhetlo a mangata ho ea kha metsi a mang, a ntse a khella likamele tsohle tsa hae. 21 Monna enoa o ne a ntse a thotse nakong ena kaofela, a mo shebile ka ho makala, a ipotsa hore na ebe Jehova o atlehisitse leeto la hae kapa che.

22 Ha likamele li qetile ho noa, monna enoa a mo fa lesale la nko la khauta le boima ba likramo tse ka bang tse tšeletseng* le lifaha tsa khauta tse peli tse roaloang matsohong, boima ba tsona e le likramo tse 114* 23 eaba o re: “Ke kopa u mpolelle hore na u morali oa mang. Na ho na le sebaka ka tlung ea ntate oa hao e le hore re robaletse teng?” 24 A re ho eena: “Ke morali oa Bethuele.+ Ntate oa ka ke mora oa Milka le Nakore.”+ 25 A boela a re: “Re na le joang le furu e ngata le sebaka seo le ka robalang ho sona.” 26 Monna eo a khumama* ka pel’a Jehova 27 ’me a re: “Ho ke ho rorisoe Jehova, Molimo oa mong’a ka Abrahama hobane ha a e-s’o tlohele ho bontša mong’a ka lerato le ho mo tšepahalla. Jehova o ntlisitse ntlong ea bana ba bo mong’a ka.”

28 Moroetsana a matha ho ea bolella ’mè oa hae le ba bang lintho tsena. 29 Rebeka o ne a e-na le abuti eo lebitso la hae e leng Labane.+ Labane a mathela ho monna ea neng a le ka ntle selibeng. 30 Ha a bona lesale la nko le lifaha tse matsohong a khaitseli ea hae ’me a utloa mantsoe a khaitseli ea hae Rebeka a reng, “Monna eo o buile le ’na ka tsela ena,” a ea ho monna eo ’me a mo fumana a ntse a eme pel’a likamele selibeng. 31 Hang-hang a re: “Jehova o u hlohonolofalitse, tsamaea le ’na ho ea lapeng. Ha se ntho e ntle hore ebe u eme ka ntle. Ke lokisitse ntlo le moo likamele li tla lula teng.” 32 Eaba monna eo o kena ka tlung ’me o* qhanolla likamele le ho li fa joang le furu. A mo fa le metsi bakeng sa ho hlatsoa maoto a hae le maoto a banna bao a nang le bona. 33 Leha ho le joalo, ha ho behoa lijo ka pel’a hae a re: “Nke ke ka ja ho fihlela ke u bolelletse lebaka le ntlisitseng mona.” Labane a re: “U ka bua.”

34 Eaba o re: “Ke ’na mohlanka oa Abrahama.+ 35 Jehova o hlohonolofalitse mong’a ka haholo ’me o entse hore a rue haholo ka ho mo fa linku le likhomo, silevera le khauta, basebeletsi ba banna le ba basali, likamele le litonki.+ 36 Ho ekelletsa moo, Sara mosali oa mong’a ka o ne a se a tsofetse ha a tsoalla mong’a ka mora+ ’me mong’a ka o tla fa mora oa hae lintho tsohle tseo a nang le tsona.+ 37 Mong’a ka o ile a re ke hlapanye, a re: ‘U se ke oa nkela mora oa ka mosali ho barali ba Bakanana, bao ke lulang naheng ea bona.+ 38 Empa u ee ntlong ea Ntate le ho ba lelapa leso+ ’me u nkele mora oa ka mosali moo.’+ 39 Ka re ho mong’a ka: ‘Ke etse’ng haeba mosali eo a sa batle ho tla le ’na?’+ 40 A re ho ’na: ‘Jehova eo ke mo sebelelitseng,+ o tla romela lengeloi la hae+ hore le be le uena ’me o tla atlehisa leeto la hao. U nkele mora oa ka mosali ho ba lelapa leso le ntlong ea Ntate.+ 41 Haeba u ea lelapeng leso ’me ba sa u fe eena, u tla lokolloa kanong ea hao+ eo u e entseng ho ’na.’

42 Ha ke fihla selibeng kajeno, ke ile ka re: ‘Jehova Molimo oa mong’a ka Abrahama, haeba u ka atlehisa leeto la ka ho ke ho etsahale lintho tse latelang 43 ke eme selibeng. Ha moroetsana+ a tl’o kha metsi, ke tla re: “Ke kopa u mphe metsi a ka nkhong ea hao” 44 ’me o tla re ho ’na, “Noa, ebile ke tla khella le likamele tsa hao metsi.” Mosali eo e ke e be eena eo Jehova a mo khethetseng mora oa mong’a ka.’+

45 Le pele ke qeta ho bua ka pelong, Rebeka a hlaha a behile nkho ea hae lehetleng ’me a theohela selibeng eaba o kha metsi. Eaba ke re: ‘Ke kopa u mphe metsi.’+ 46 Ka potlako a theola nkho ea hae lehetleng eaba o re: ‘Noa+ ’me ke tla khella le likamele tsa hao metsi.’ Ka noa eaba o khella le likamele metsi. 47 Ka mor’a moo, ka mo botsa ka re, ‘U morali oa mang?’ A re, ‘Ke morali oa Bethuele. Ntate oa ka ke mora oa Milka le Nakore.’ Ka mo kenya lesale nkong ’me ka mo roesa le lifaha tse roaloang matsohong.+ 48 Ka khumama ka pel’a Jehova ’me ka rorisa Jehova Molimo oa mong’a ka Abrahama,+ ea ntsamaisitseng tseleng e nepahetseng hore ke nkele mora oa mong’a ka mosali baneng ba ngoan’abo. 49 Joale mpolelleng haeba le batla ho bontša mong’a ka lerato le ho mo tšepahalla empa haeba ho se joalo, mpolelleng e le hore ke tsebe seo ke lokelang ho se etsa.”*+

50 Labane le Bethuele ba re: “Taba ena e tsoa ho Jehova. Ha re khone ho hana kapa ho lumela.* 51 Rebeka ke enoa ka pel’a hao. Tsamaea le eena ’me e be mosali oa mora oa mong’a hao feela joalokaha Jehova a buile.” 52 Ha mohlanka oa Abrahama a utloa mantsoe a bona, a khumama ka pel’a Jehova. 53 Mohlanka eo a fa Rebeka lintho tsa silevera, tsa khauta le liaparo. A fa le abuti oa hae le ’mè oa hae limpho tse turang. 54 Ka mor’a moo, eena le banna bao a nang le bona ba ja ’me ba noa eaba ba robaletsa moo.

Ha a tsoha hoseng, a re: “E-reng ke ee ho mong’a ka.” 55 Eaba abuti oa Rebeka le ’mè oa hae ba re: “E-re moroetsana a lule le rona bonyane matsatsi a leshome. Ka mor’a moo a ka tsamaea.” 56 Empa a re ho bona: “Le se ke la nthibela ho tsamaea kaha Jehova o atlehisitse leeto la ka. E-reng ke tsamaee e le hore ke ee ho mong’a ka.” 57 Ba re: “A re bitseng moroetsana ’me re utloe hore na eena o re’ng.” 58 Ba bitsa Rebeka ba re ho eena: “Na u tla tsamaea le monna eo?” A re: “Ke tla tsamaea le eena.”

59 Ba lokolla khaitseli ea bona Rebeka+ hore a tsamaee le mosali ea mo hlokomelang*+ le mohlanka oa Abrahama le banna ba hae. 60 Ba hlohonolofatsa Rebeka ’me ba re ho eena: “Khaitseli ea rona, e se eka u ka ba ’mè oa ba likete tse mashome a likete* ’me bana* ba hao ba nke metse* ea lira tsa bona.”+ 61 Rebeka le basebeletsi ba hae ba basali ba palama likamele eaba ba latela monna eo. Mohlanka oa Abrahama a tsamaea le Rebeka.

62 Isaka o ne a tla ka tsela e hlahang Beere-lahai-roi+ kaha o ne a lula naheng ea Negebe.+ 63 Isaka o ne a ntse a itsamaela tšimong mantsiboea e le hore a nahanisise.+ Ha a phahamisa mahlo, a bona likamele li tla. 64 Ha Rebeka a bona Isaka, a theoha kamele ka potlako. 65 A re ho mohlanka eo: “Monna eloa ea tsamaeang tšimong ho tla re khahlanyetsa ke mang?” Mohlanka eo a re: “Ke mong’a ka.” Eaba o nka lesira le roaloang hloohong ’me oa ikhurumetsa. 66 Mohlanka eo a bolella Isaka lintho tsohle tseo a li entseng. 67 Ka mor’a moo, Isaka a tlisa Rebeka ka tenteng ea ’mè oa hae Sara.+ Eaba o nka Rebeka hore e be mosali oa hae, a mo rata+ ’me Isaka a fumana matšeliso ka mor’a ho shoeloa ke ’mè oa hae.+

25 Abrahama a nyala hape ’me lebitso la mosali oa hae e ne e le Ketura. 2 Ha nako e ntse e ea ba e-ba le bana e leng Zimrane, Jokshane, Medane, Midiane,+ Ishbake le Shua.+

3 Jokshane a ba le bara ba bitsoang Sheba le Dedane.

Bara ba Dedane e ne e le Ashurime, Letushime le Leumime.

4 Bara ba Midiane e ne e le Efa, Efere, Hanoke, Abida le Elda.

Bara bana bohle e ne e le ba Ketura.

5 Hamorao Abrahama a fa Isaka lintho tsohle tseo a nang le tsona+ 6 empa Abrahama a fa bara ba hae ba tsoetsoeng ke lirethe* tsa hae limpho. Joale ha a sa ntse a phela a re ba ee ka bochabela, hole le mora oa hae Isaka,+ naheng ea Bochabela. 7 Abrahama o phetse lilemo tse 175. 8 Abrahama a shoa a tsofetse haholo ’me a khotsofetse eaba o patoa joaloka batho ba habo.* 9 Bara ba hae, e leng Isaka le Ishmaele ba mo pata lehaheng le Makpela, tšimong ea Efrone mora oa Zohare oa Mohethe e ka pel’a Mamre,+ 10 e leng tšimo eo Abrahama a ileng a e reka ho bara ba Hethe. Abrahama a pateloa moo le mosali oa hae Sara.+ 11 Ka mor’a lefu la Abrahama, Molimo a ’na a hlohonolofatsa mora oa hae Isaka.+ Isaka o ne a lula haufi le Beere-lahai-roi.+

12 Ena ke histori ea Ishmaele+ mora oa Abrahama le Hagare+ oa Moegepeta, e leng mosebeletsi oa Sara.

13 Ana ke mabitso a bara ba Ishmaele ho ea ka malapa a bona: Nebajothe+ letsibolo la Ishmaele, Kedare,+ Adbele, Mibsame,+ 14 Mishma, Duma, Masa, 15 Hadade, Tema, Jeture, Nafishe le Kedema. 16 Bana ke bara ba Ishmaele ’me ana ke mabitso a bona ho ea ka metse le liahelo* tsa bona. Ke likhosana tse 12 ho ea ka maloko a tsona.+ 17 Ishmaele o phetse lilemo tse 137 eaba oa shoa ’me o patoa joaloka batho ba habo.* 18 Bana ba hae ba lula Havila+ haufi le Shure+ e pel’a Egepeta le ho ea fihla Asiria. O ile a lula haufi le bana babo kaofela.*+

19 Ena ke histori ea Isaka mora oa Abrahama.+

Abrahama a ba le mora ea bitsoang Isaka. 20 Isaka o ne a le lilemo li 40 ha a nyala Rebeka morali oa Bethuele,+ Moarame oa Padane-arame, khaitseli ea Labane. 21 Isaka a ’na a rapella mosali oa hae ka tieo ho Jehova hobane mosali oa hae o ne a sa khone ho ba le bana. Jehova a araba kopo ea hae ’me mosali oa hae Rebeka a ima. 22 Eaba bara ba qala ho loantšana ka hare ho eena,+ hoo a ileng a re: “Haeba ke tl’o sotleha hakana, ho thusa’ng hore ke ’ne ke phele?” Eaba o botsa Jehova. 23 Jehova a re ho eena: “Lichaba tse peli li ka popelong ea hao+ ’me lichaba tse peli tse ka hare ho uena li tla aroloa,+ sechaba se seng se tla ba matla ho feta se seng+ ’me e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.”+

24 Ha nako ea hore a belehe e fihla, ho ne ho e-na le mafahla ka popelong ea hae. 25 Lefahla la pele la hlaha le le lefubelu hohle, le le joaloka seaparo sa boea,+ kahoo ba le reha Esau.*+ 26 Ka mor’a moo, lefahla le leng la hlaha ’me letsoho la lona le ne le tšoere serethe sa Esau,+ joale a le reha Jakobo.*+ Isaka o ne a le lilemo li 60 ha Rebeka a ba le mafahla.

27 Ha bashanyana ba ntse ba hola, Esau ea e-ba monna ea tsebang ho tsoma,+ monna oa naheng empa Jakobo eena e ne e le monna ea se nang molato, ea lulang litenteng.+ 28 Isaka o ne a rata Esau hobane o ne a rata nama ea liphoofolo tseo Esau a neng a li tsoma athe Rebeka eena o ne a rata Jakobo.+ 29 Ka letsatsi le leng Jakobo o ne a phehile sopho ea lensisi ha Esau a fihla a tsoa naheng ’me a khathetse haholo. 30 Esau a re ho Jakobo: “Ke kopa u potlake u ntšelle sopho eo e khubelu* hobane ke khathetse haholo.”* Ke ka lebaka leo lebitso la hae e neng e le Edomo.*+ 31 Jakobo a re: “Pele ho tsohle, nthekisetse tokelo ea hao ea ho ba letsibolo.”+ 32 Esau a re: “Kea shoa ke tlala, tokelo ea ho ba letsibolo e tla nthusa ka’ng?” 33 Jakobo a re ho eena: “Ntlhapanyetse pele!” A mo hlapanyetsa ’me a rekisetsa Jakobo tokelo ea hae ea ho ba letsibolo.+ 34 Jakobo a fa Esau bohobe le sopho ea lensisi, a ja a ba a noa, ka mor’a moo a tsamaea. Ka tsela eo, Esau o ile a nka tokelo ea hae ea ho ba letsibolo e se ea bohlokoa.

26 Ho ne ho e-na le tlala naheng, ntle le e ileng ea e-ba teng mehleng ea Abrahama,+ hoo Isaka a ileng a ea Gerare ho Abimeleke morena oa Bafilista. 2 Jehova a hlaha ho eena a re: “U se ke oa theohela Egepeta. Lula naheng eo ke u bontšang eona. 3 Lula naheng ena u le molichaba,+ ke tla ba le uena ’me ke u hlohonolofatse. Ke tla fa uena le bana* ba hao linaha tsena kaofela+ ’me ke phethahatse kano eo ke e entseng ho ntate oa hao Abrahama+ ha ke ne ke re: 4 ‘Ke tla etsa hore bana* ba hao ba be bangata joaloka linaleli tsa maholimo+ ’me ke tla ba fa linaha tsena tsohle.+ Lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la bana* ba hao’+ 5 hobane Abrahama o ile a ’mamela, a mamela litaelo tsa ka le melao eohle ea ka.”+ 6 Isaka a ’na a lula Gerare.+

7 Ha banna ba sebaka seo ba botsa ka mosali oa hae o ne a re: “Ke khaitseli ea ka.”+ Kaha Rebeka o ne a le motle,+ Isaka o ne a tšaba ho re ke mosali oa hae hobane o ne a re, “Banna ba sebaka sena ba ka ’na ba mpolaea ka lebaka la Rebeka.” 8 Ka mor’a nako e itseng, Abimeleke morena oa Bafilista a sheba ka fensetere ’me a bona Isaka a ntse a tšoara-tšoara Rebeka mosali oa hae.+ 9 Hang-hang Abimeleke a bitsa Isaka a re: “Athe ke mosali oa hao? Ke hobane’ng ha u itse ke khaitseli ea hao?” Isaka a re ho eena: “Ke buile joalo hobane ke tšaba hore ke tla shoa ka lebaka la hae.”+ 10 Abimeleke a boela a re: “U re entse’ng?+ E mong oa batho ba ka a ka be a robetse le mosali oa hao ’me u ka be u entse hore re be molato.”+ 11 Abimeleke a re ho batho bohle: “Motho ea tla thetsa monna enoa le mosali oa hae o tla bolaoa.”

12 Isaka a lema naheng eo. Seo a se kotutseng selemong seo se ne se feta seo a se jetseng ka makhetlo a 100 kaha Jehova o ne a mo hlohonolofatsa.+ 13 Isaka a ’na a atleha ho fihlela e se e le morui. 14 Isaka a ba le linku le likhomo tse ngata le bahlanka ba bangata+ ’me Bafilista ba qala ho mo monela.

15 Bafilista ba nka mobu ’me ba kata liliba tsohle tse neng li chekiloe ke bahlanka ba ntate oa hae Abrahama+ mehleng ea hae. 16 Abimeleke a re ho Isaka: “Tloha motseng oa rona hobane u se u le matla ho re feta.” 17 Isaka a tloha moo eaba o hloma liahelo khohlong* ea Gerare+ ’me a lula teng. 18 Isaka a boela a cheka liliba tse neng li chekiloe mehleng ea ntate oa hae Abrahama, tseo Bafilista ba ileng ba li kata ka mor’a lefu la Abrahama+ ’me a li bitsa ka mabitso ao ntate oa hae a neng a li bitsa ka ’ona.+

19 Ha bahlanka ba Isaka ba ntse ba cheka khohlong,* ba fumana seliba sa metsi a hloekileng. 20 Balisa ba Gerare ba ngangisana le balisa ba Isaka ba re: “Metsi ana ke a rona!” Isaka a reha seliba seo Eseke* hobane ba ne ba se tseka. 21 Ba cheka seliba se seng ’me le sona ba se tseka eaba o se reha Sitna.* 22 Hamorao a tloha moo ’me a cheka seliba se seng empa ha baa ka ba se tseka. A se reha Rehobothe* ’me a re: “Ke hobane Jehova o re file sebaka se seholo ’me o entse hore re be bangata naheng ena.”+

23 A tloha moo a ea Beersheba.+ 24 Bosiung boo Jehova a hlaha ho eena a re: “Ke ’na Molimo oa ntate oa hao Abrahama.+ U se ke oa tšoha+ kaha ke na le uena ’me ke tla u hlohonolofatsa, ke etse hore u be le bana* ba bangata ka lebaka la mohlanka oa ka Abrahama.”+ 25 Isaka a haha aletare moo eaba o bitsa lebitso la Jehova.+ A hloma tente ea hae+ ’me bahlanka ba hae ba cheka seliba moo.

26 Hamorao Abimeleke a tla ho eena a tsoa Gerare a e-na le moeletsi oa hae Ahuzathe le Fikole molaoli oa masole a hae.+ 27 Isaka a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tlile ho ’na empa le ntlhoile ebile le ntelekile motseng oa lona?” 28 Ba re: “Re bone hore Jehova o na le uena.+ Kahoo re kopa ho etsa selekane le uena+ 29 sa hore u ke ke oa re etsa letho le lebe feela joalokaha le rona re sa ka ra u tšoara hampe. Re u tšoere hantle ra u tlohela hore u itsamaele ka khotso. Jehova o u hlohonolofalitse.” 30 A ba etsetsa mokete eaba baa ja ’me baa noa. 31 Ba tsoha hoseng ba etsa kano le eena.+ Ka mor’a moo Isaka a re ba tsamaee hantle eaba ba tsamaea ka khotso.

32 Letsatsing leo, bahlanka ba Isaka ba tla ’me ba mo bolella ka seliba seo ba neng ba se chekile+ ’me ba re ho eena: “Re fumane metsi.” 33 A se reha Sheba. Ke ka lebaka leo motse oo o bitsoang Beersheba+ ho fihlela kajeno.

34 Ha Esau a le lilemo li 40 a nyala Judithe morali oa Beri oa Mohethe le Basmathe morali oa Elone oa Mohethe.+ 35 Ba ne ba utloisa Isaka le Rebeka bohloko haholo.+

27 Ha Isaka a tsofetse ebile a se a sa bone, a bitsa Esau+ mora oa hae e moholo ’me a re: “Mora oa ka!” Esau a re: “Ke ’na enoa!” 2 Isaka a re: “Ke se ke tsofetse. Ha ke tsebe hore na ke tla phela nako e kae. 3 Ke kopa u nke metsu le seqha sa hao ’me u ee naheng u ntsomele phoofolo.+ 4 U phehe lijo tse monate tseo ke li ratang ’me u ntlisetse tsona. Ke tla li ja e le hore nka u hlohonolofatsa pele ke shoa.”

5 Rebeka o ne a ntse a mametse ha Isaka a bua le mora oa hae Esau. Esau a ea naheng ho ea tsoma.+ 6 Rebeka a re ho mora oa hae Jakobo:+ “Ke qeta ho utloa ntate oa hao a bua le abuti oa hao Esau a re, 7 ‘Ntlisetse phoofolo e tsonngoeng ’me u mphehele lijo tse monate ke je e le hore nka u hlohonolofatsa ka pel’a Jehova pele ke shoa.’+ 8 Mora oa ka, ’mamele ka hloko ’me u etse seo ke u laelang sona.+ 9 Ke kopa u ee mohlapeng ’me u ntlele le lipotsanyane tse peli tse nonneng e le hore nka phehela ntate oa hao lijo tse monate tseo a li ratang. 10 U li ise ho eena, a je e le hore a ka u hlohonolofatsa pele a shoa.”

11 Jakobo a re ho ’mè oa hae Rebeka: “Abuti Esau ke monna ea nang le mohoete+ empa ’na ha ke na oona. 12 Ke tla etsa’ng haeba Ntate a ka ntšoara?+ O tla nahana hore ke bapala ka eena ebe joale ke itlisetsa thohako eseng tlhohonolofatso.” 13 ’Mè oa hae a re ho eena: “Bobe bo neng bo tla tla ho uena bo ke bo tle ho ’na mora oa ka. Etsa seo ke u bolellang sona ’me u ntlisetse tsona.”+ 14 Jakobo a lata lipotsanyane a li tlisa ho ’mè oa hae eaba ’mè oa hae o pheha lijo tse monate tseo Isaka a li ratang. 15 Ka mor’a moo, Rebeka a ea ka tlung a nka liaparo tse ntle tsa Esau mora oa hae e moholo ’me a li apesa Jakobo mora oa hae e monyenyane.+ 16 A boela a beha matlalo a lipotsanyane matsohong a hae le karolong e se nang mohoete ea molala oa hae.+ 17 Joale a fa mora oa hae Jakobo lijo tse monate tseo a li phehileng.+

18 Jakobo a ea ho ntate oa hae ’me a re: “Ntate!” Isaka a re: “Bua mora oa ka! Ke uena mang?” 19 Jakobo a re ho ntate oa hae: “Ke ’na Esau letsibolo la hao.+ Ke entse seo u itseng ke se etse. Ke kopa u tsohe u je nama ea phoofolo eo ke e tsommeng e le hore u ka ntlhohonolofatsa.”+ 20 Isaka a re ho mora oa hae: “U e fumane kapele hakaakang mora oa ka!” Jakobo a re: “Jehova Molimo oa hao o e tlisitse ho ’na.” 21 Isaka a re ho Jakobo: “Mora oa ka ke kopa u atamele ’me ke u tšoare e le hore ke tsebe hore na u mora oa ka Esau kapa che.”+ 22 Jakobo a atamela ’me ntate oa hae Isaka a mo tšoara. Ka mor’a moo a re: “Lentsoe ke la Jakobo empa matsoho ke a Esau.”+ 23 O ne a sa tsebe hore na ke mang hobane matsoho a hae a ne a e-na le mohoete joaloka matsoho a abuti oa hae Esau. Kahoo a mo hlohonolofatsa.+

24 Ka mor’a moo a re: “Na kannete ke uena mora oa ka Esau?” Jakobo a re: “Ke ’na.” 25 Isaka a re: “Mora oa ka ntlisetse nama ea phoofolo eo u e tsommeng e le hore ke je, ke tle ke u hlohonolofatse.” A mo tlisetsa eona ’me a ja. A mo tlisetsa le veine ’me a noa. 26 Ntate oa hae Isaka a re ho eena: “Ke kopa u atamele ke u sune mora oa ka.”+ 27 A atamela a mo suna ’me a fofonela liaparo tsa hae.+ A mo hlohonolofatsa a re:

“Monko oa mora oa ka o joaloka monko oa naha eo Jehova a e hlohonolofalitseng. 28 E se eka Molimo oa ’nete a ka u fa phoka ea maholimo+ le mobu o nonneng oa lefatše+ le lijo* tse ngata le veine e ncha.+ 29 Batho ba ke ba u sebeletse ’me lichaba li ke li u khumamele. E-ba morena oa bana beno ’me bara ba ’mè oa hao ba u khumamele.+ Ho rohakoe e mong le e mong ea u rohakang ’me ho hlohonolofatsoe e mong le e mong ea u hlohonolofatsang.”+

30 Hang ha Jakobo a qeta ho tloha ka mor’a hore Isaka a mo hlohonolofatse, Esau abuti oa hae a fihla.+ 31 Le eena a pheha lijo tse monate a li tlisa ho ntate oa hae ’me a re ho eena: “Ntate tsoha ’me u je nama ea phoofolo eo ke e tsommeng e le hore u ka ntlhohonolofatsa.” 32 Ntate oa hae Isaka a re ho eena: “U mang?” A re: “Ke ’na mora oa hao oa letsibolo Esau.”+ 33 Isaka a thothomela habohloko eaba o re: “Ke mang ea tsommeng phoofolo ’me a ntlisetsa eona? Ke e jele pele u fihla eaba kea mo hlohonolofatsa ’me o tla hlohonolofala!”

34 Ha Esau a utloa mantsoe a ntate oa hae, a utloa bohloko eaba o lla haholo, o re ho eena: “Ntlhohonolofatse le ’na Ntate!”+ 35 Empa a re: “Ngoan’eno o ile a tla ’me a nthetsa e le hore a fumane tlhohonolofatso eo u neng u lokela ho e fumana.” 36 Esau a re: “Ha se feela a rehiloeng Jakobo* hobane o nkile seo e leng sa ka ka makhetlo ana a mabeli.+ O se a nkile tokelo ea ka ea ho ba letsibolo+ ’me joale o nkile le tlhohonolofatso ea ka.”+ A boela a re: “ ’Na ha ho na tlhohonolofatso eo u ntšietseng eona?” 37 Isaka a re ho Esau: “Ke mo entse morena oa hao+ ’me ke mo file le bana babo kaofela hore e be bahlanka ba hae. Ke mo hlohonolofalitse ka lijo* le veine e ncha.+ Ha ho sa na letho leo nka u etsetsang lona mora oa ka.”

38 Esau a re ho ntate oa hae: “Ntate ha u na tlhohonolofatso e ’ngoe? Ntate le ’na ntlhohonolofatse!” Esau a lla habohloko.+ 39 Ntate oa hae Isaka a re:

“U tla lula hole le mobu o nonneng oa lefatše ’me u tla ba hole le phoka ea maholimo.+ 40 U tla phela ka sabole ea hao+ ’me u tla sebeletsa ngoan’eno.+ Empa ha u se u sa khone ho mamella, u tla roba joko ea hae molaleng oa hao.”+

41 Esau a hloea Jakobo ka lebaka la tlhohonolofatso eo ntate oa hae a mo fileng eona+ ’me Esau a ’na a re ka pelong: “E se khale Ntate o tla shoa.+ Ka mor’a moo, ke tla bolaea ngoan’eso Jakobo.” 42 Ha Rebeka a bolelloa mantsoe a Esau mora oa hae e moholo, a re ho bitsoe Jakobo mora oa hae e monyenyane eaba o re ho eena: “Abuti oa hao Esau o rera ho iphetetsa ka hore a u bolaee.* 43 Mora oa ka etsa seo ke reng u se etse. Balehela ho abuti oa ka Labane ea lulang Harane.+ 44 U lule le eena ho fihlela bohale ba abuti oa hao bo kokobela, 45 ho fihlela a se a sa halefa ebile a lebetse seo u mo entseng sona. Ke tla romela motho hore a u late. Ha ke batle ho lahleheloa ke lona le le babeli ka letsatsi le le leng.”

46 Rebeka o ne a lula a re ho Isaka: “Banana bana ba Bahethe ba ntšulafaletsa bophelo.+ Ho tla etsahala’ng ka ’na ha Jakobo a ka nyala ngoanana oa Mohethe, ea tšoanang le banana baa ba lulang naheng ee? Ho ka ba molemo hore ke mpe ke shoe.”+

28 Isaka a bitsa Jakobo ’me a mo hlohonolofatsa eaba o mo fa taelo ena: “U se ke oa nyala mosali ea tsoang har’a barali ba Bakanana.+ 2 E-ea Padane-arame lelapeng la Bethuele ntate-moholo oa hao ’me u nyale e mong oa barali ba Labane+ malome oa hao. 3 Molimo Ea Matla ’Ohle o tla u hlohonolofatsa a etse hore u be le bana ba bangata ’me u tla ba sechaba se seholo.+ 4 O tla u fa tlhohonolofatso ea Abrahama,+ uena hammoho le bana* ba hao e le hore naha eo Molimo a e fileng Abrahama,+ eo u lutseng ho eona u le molichaba e be ea hao.”

5 Isaka a romela Jakobo Padane-arame ho Labane mora oa Bethuele oa Moarame,+ e leng abuti oa Rebeka+ ’mè oa Jakobo le Esau.

6 Esau a bona hore Isaka o hlohonolofalitse Jakobo ’me o mo rometse Padane-arame ho ea batla mosali teng le hore ha a ne a mo hlohonolofatsa o mo file taelo e reng: “U se ke oa nyala barali ba Bakanana”+ 7 le hore Jakobo o mametse batsoali ba hae ’me a ea Padane-arame.+ 8 Esau a hlokomela hore ntate oa hae Isaka ha a khahloe ke barali ba Bakanana+ 9 eaba Esau o ea ho Ishmaele ’me o nyala Mahalathe morali oa Ishmaele mora oa Abrahama, khaitseli ea Nebajothe, ho ekelletsa ho basali ba bang bao a neng a e-na le bona.+

10 Jakobo a tloha Beersheba a ea Harane.+ 11 A fihla sebakeng se seng ’me a itokisetsa ho robala moo hobane letsatsi le ne le liketse. A nka le leng la majoe a sebaka seo ’me a le sama eaba oa robala.+ 12 A lora ’me a bona ho e-na le litepisi* tse tlohang lefatšeng tse fihlang maholimong ’me ho ne ho e-na le mangeloi a Molimo a ntseng a nyoloha a bile a theoha ka tsona.+ 13 Jehova o ne a le holim’a tsona eaba o re:

“Ke ’na Jehova Molimo oa ntate oa hao Abrahama le Molimo oa Isaka.+ Naha eo u robetseng ho eona, ke tla e fa uena le bana* ba hao.+ 14 Bana* ba hao ba tla ba joaloka lerole la lefatše,+ ba be bangata ho ea fihla ka bophirimela, ka bochabela, ka leboea le ka boroa ’me malapa ’ohle a lefatše a tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la hao le bana* ba hao.+ 15 Ke na le uena ’me ke tla u sireletsa hohle moo u eang teng, ke be ke u khutlisetse naheng ena.+ Nke ke ka u tlohela ho fihlela ke phethile seo ke u tšepisitseng sona.”+

16 Jakobo a tsoha borokong ’me a re: “Jehova o sebakeng sena empa ke ne ke sa tsebe.” 17 O ile a makala eaba o re: “Sebaka sena ha se sebaka feela tjee, sea halalela! Ena ke ntlo ea Molimo+ ’me ena ke keiti ea maholimo.”+ 18 Jakobo a tsoha hoseng a nka lejoe leo a neng a le samme eaba o le hloma e le lejoe la sehopotso ’me o tšela oli holim’a lona.+ 19 A reha sebaka seo Bethele* empa pele lebitso la motse oo e ne e le Luze.+

20 Jakobo a etsa kano a re: “Haeba Molimo o tla ba le ’na le ho ntšireletsa leetong la ka ’me a mphe bohobe hore ke je le liaparo hore ke apare 21 e le hore ke khutlele ntlong ea Ntate ka khotso, Jehova o tla be a bontšitse hore ke Molimo oa ka. 22 Lejoe lena leo ke le hlommeng e le sehopotso le tla fetoha ntlo ea hao Molimo+ oa ka ’me ke tla u fa karolo ea leshome ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u tla mpha eona.”

29 Jakobo a tsoela pele ka leeto la hae ’me a ea naheng ea batho ba Bochabela. 2 A bona seliba tšimong le lihlopha tse tharo tsa linku li bothile pel’a sona. Balisa ba ne ba tloaetse ho noesa liphoofolo selibeng seo. Ho ne ho e-na le lejoe le leholo le neng le koahetse seliba. 3 Ha liphoofolo tsohle li bokelletsoe moo, balisa ba tlosa lejoe le neng le koahetse seliba eaba ba noesa liphoofolo, ka mor’a moo ba le khutlisetsa holim’a seliba.

4 Jakobo a re ho bona: “Bana beso le tsoa hokae?” Ba re: “Re tsoa Harane.”+ 5 A re ho bona: “Na le tseba Labane+ setloholo sa Nakore?”+ Ba re: “Rea mo tseba.” 6 A re ho bona: “Na o ntse a ea hantle?” Ba re: “O ntse a ikela hantle ebile morali oa hae Ragele+ ke enoa o tla le linku.” 7 Jakobo a re: “E ntse e le motšehare. Ha se nako ea ho bokella liphoofolo. Noesang linku ’me ka mor’a moo le li fulise.” 8 Ba re: “Ha rea lumelloa ho etsa joalo ho fihlela liphoofolo tsohle li bokelletsoe ’me ho tlositsoe lejoe le holim’a seliba. Ka mor’a moo re ka noesa linku.”

9 Ha a ntse a bua le bona, Ragele a tla le linku tsa ntate oa hae kaha e ne e le molisa. 10 Ha Jakobo a bona Ragele morali oa malome oa hae Labane le linku tsa Labane, Jakobo a atamela ka potlako ’me a tlosa lejoe holim’a seliba eaba o noesa linku tsa malome oa hae Labane. 11 Jakobo a suna* Ragele eaba oa lla. 12 Jakobo a bolella Ragele hore ke mochana oa* ntate oa hae le hore ke mora oa Rebeka. Ragele a matha a e’o bolella ntate oa hae.

13 Hang ha Labane+ a utloa hore mochana oa hae Jakobo o teng, a matha hore a e’o kopana le eena. A mo haka a ba a mo suna ’me a mo tlisa ka tlung ea hae. Jakobo a bolella Labane lintho tsohle tse etsahetseng. 14 Labane a re ho eena: “U lesapo la ka le nama ea ka.”* A lula le eena khoeli kaofela.

15 Labane a re ho Jakobo: “Na u tla ntšebeletsa mahala hobane feela u le mochana oa ka?*+ Mpolelle, u batla ke u patale ka eng?”+ 16 Labane o ne a e-na le barali ba babeli. Lebitso la e moholo e ne e le Lea ’me la e monyenyane e le Ragele.+ 17 Lea o ne a se motle hakaalo* empa Ragele o ne a le motle haholo a bile a khahleha. 18 Jakobo o ne a rata Ragele, kahoo a re: “Ke ikemiselitse ho u sebeletsa lilemo tse supileng bakeng sa morali oa hao e monyenyane Ragele.”+ 19 Labane a re: “Ho molemo hore ke u fe eena ho e-na le hore ke mo fe monna e mong. Tsoela pele u lula le ’na.” 20 Jakobo a sebeletsa Labane ka lilemo tse supileng bakeng sa Ragele+ empa ho eena e ne eka ke matsatsi a seng makae feela hobane o ne a mo rata.

21 Jakobo a re ho Labane: “Mphe mosali oa ka ke robale le eena hobane ke qetile ho u sebeletsa.” 22 Labane a bitsa banna bohle ba sebaka seo ’me a etsa mokete. 23 Ka shoalane a khetha ho nka morali oa hae Lea ’me a mo tlisa ho Jakobo hore a robale le eena. 24 Labane a ba a fa morali oa hae Lea mosebeletsi ea bitsoang Zilpa.+ 25 Hoseng Jakobo a bona hore e ne e le Lea. A re ho Labane: “Ke hobane’ng ha u nkentse tjee? Na ha kea u sebeletsa bakeng sa Ragele? Ke hobane’ng ha u nqhekelletse?”+ 26 Labane a re: “Sebakeng sena ha hoa tloaeleha hore ho fanoe ka ngoanana e monyenyane pele ho e moholo. 27 Qeta beke ea lechato le Lea. Ka mor’a moo, u tla fuoa le Ragele ebe o ntšebeletsa lilemo tse ling tse supileng.”+ 28 Jakobo a etsa joalo ’me a lula le ngoanana eo beke kaofela, ka mor’a moo a mo fa Ragele morali oa hae hore e be mosali oa hae. 29 Ntle ho moo, Labane a fa morali oa hae Ragele mosebeletsi+ ea bitsoang Bilha.+

30 Jakobo a robala le Ragele empa o ne a rata Ragele ho feta Lea eaba o sebeletsa Labane lilemo tse ling tse supileng.+ 31 Ha Jehova a bona hore Lea ha a ratoe,* a mo thusa hore a ime*+ empa Ragele eena o ne a sa khone ho ba le bana.+ 32 Lea a ima ’me a ba le mora eaba o mo reha Rubene*+ hobane o ile a re: “Ke hobane Jehova o bone mesarelo ea ka,+ joale monna oa ka o tla nthata.” 33 Lea a boela a ima ’me a ba le mora eaba o re: “Ke hobane Jehova o utloile hore ke ne ke sa ratoe ’me o mphile le enoa.” A mo reha Simeone.*+ 34 A ima hape ’me a ba le mora eaba o re: “Lekhetlong lena monna oa ka o tla nkhomarela hobane ke mo tsoaletse bara ba bararo.” A rehoa Levi.*+ 35 A ima hape ’me a ba le mora eaba o re: “Lekhetlong lena ke tla rorisa Jehova.” A mo reha Juda.*+ Ka mor’a moo a khaotsa ho ba le bana.

30 Ha Ragele a bona hore ha a khone ho etsetsa Jakobo bana, a monela ausi oa hae. O ne a lula a re ho Jakobo: “Mphe bana ho seng joalo ke tla shoa.” 2 Jakobo a halefela Ragele a re: “Na ke ’na Molimo? Na ke ’na ea u thibelang ho ba le bana?” 3 Ragele a re: “Bilha+ mosebeletsi oa ka ke enoa. Robala le eena e le hore a ka nketsetsa bana.”* 4 A mo fa Bilha mosebeletsi oa hae hore e be mosali oa hae ’me Jakobo a robala le eena.+ 5 Bilha a ima ’me ha nako e fihla a tsoalla Jakobo mora. 6 Ragele a re: “Molimo e bile moahloli oa ka hape o mametse lentsoe la ka eaba o mpha mora.” Ke ka lebaka leo Ragele a ileng a mo reha Dane.*+ 7 Bilha mosebeletsi oa Ragele a boela a ima ’me ha nako e fihla a tsoalla Jakobo mora oa bobeli. 8 Ragele a re: “Ke loanne le ausi oa ka ntoa e boima ebile ke mo hlotse.” Kahoo a reha mora eo Nefthali.*+

9 Ha Lea a bona hore ha a sa ba le bana, a nka mosebeletsi oa hae Zilpa ’me a mo fa Jakobo hore e be mosali oa hae.+ 10 Zilpa mosebeletsi oa Lea a tsoalla Jakobo mora. 11 Lea a re: “Ke hlohonolofalitsoe haholo!” Eaba o mo reha Gade.*+ 12 Zilpa mosebeletsi oa Lea a tsoalla Jakobo mora oa bobeli. 13 Lea a re: “Ke thabile haholo ’me basali ba tla phatlalatsa hore ke thabile.”+ A mo reha Ashere.*+

14 Nakong eo ho neng ho kotuloa koro, Rubene+ o ne a ntse a itsamaela eaba o fumana limandrake* tšimong ’me o li tlisa ho ’mè oa hae Lea. Ragele a re ho Lea: “Ke kopa u mphe tse ling tsa limandrake tsa mora oa hao.” 15 A re ho eena: “Na ha u khotsofalle hore ebe u nkile monna oa ka?+ Joale u batla ho nka le limandrake tsa mora oa ka?” Ragele a re: “Ho lokile. O tla robala le uena bosiung bona e le hore u ka mpha limandrake tsa mora oa hao.”

16 Ha Jakobo a tsoa tšimong mantsiboea, Lea a ea ho eena ’me a re: “U tl’o robala le ’na bosiung bona hobane ke u hirile ka limandrake tsa mora oa ka.” Jakobo a robala le Lea bosiung boo. 17 Molimo a araba thapelo ea Lea eaba oa ima ’me ha nako e fihla a tsoalla Jakobo mora oa bohlano. 18 Lea a re: “Molimo o mphile moputso oa ka hobane ke file monna oa ka mosebeletsi oa ka.” A mo reha Isakare.*+ 19 Lea a boela a ima ’me ha nako e fihla a tsoalla Jakobo mora oa botšelela.+ 20 Lea a re: “Molimo o mphile mpho e ntle. Joale monna oa ka o tla nkamohela+ kaha ke mo tsoalletse bara ba tšeletseng.”+ Lea a mo reha Zabulone.*+ 21 Ka mor’a moo, a ba le morali ’me a mo reha Dina.+

22 Molimo a hopola Ragele eaba o araba thapelo ea hae ’me o mo thusa hore a ime.*+ 23 A ima ’me a ba le mora eaba o re: “Molimo o entse hore ke se ke ka hlola ke nyatseha.”+ 24 Ragele a mo reha Josefa*+ a re: “Jehova o mphile mora e mong.”

25 Ka mor’a hore Ragele a tsoale Josefa, Jakobo a re ho Labane: “E-re ke tsamaee ke ee naheng ea heso.+ 26 Mphe basali ba ka le bana ba ka bao ke ba sebelelitseng e le hore nka tsamaea. Oa tseba hore ke u sebelelitse ka thata.”+ 27 Labane a re ho eena: “Ke kopa hore u se ke oa tsamaea hobane lipontšo* tseo ke li boneng, li entse hore ke hlokomele hore Jehova o ntlhohonolofatsa ka lebaka la hao.” 28 A boela a re: “Mpolelle hore na ke u patale ka eng ’me ke tla u patala.”+ 29 Jakobo a re ho eena: “Oa tseba hore ke u sebelelitse ka thata le hore liphoofolo tsa hao li ile tsa atleha ha ke ne ke li hlokometse.+ 30 Pele ke fihla liphoofolo tsa hao li ne li se ngata empa joale li eketsehile. Jehova o u hlohonolofalitse ho tloha ha ke fihla. Joale ’na ke tla sebeletsa lelapa la ka neng?”+

31 Labane a re: “Ke u fe eng?” Jakobo a re: “U se ke oa mpha letho. Haeba u ka nketsetsa ntho e le ’ngoe feela, ke tla lisa liphoofolo tsa hao le ho li hlokomela hape.+ 32 Ke tla feta har’a liphoofolo tsohle tsa hao kajeno. U behelle ka thoko linku tsohle tse nang le matheba ’me liramong tse nyenyane o behelle ka thoko tsohle tse sootho. Lipoling tse tšehali teng, u behelle ka thoko tsohle tse nang le matheba. Ho tloha hona joale, liphoofolo tsena e tla ba moputso oa ka.+ 33 Nakong e tlang ha u tl’o sheba moputso oa ka, u tla bona hore kea tšepahala.* Haeba u ka fumana tsohle tse se nang matheba lipoling tse tšehali le tse seng sootho liramong tse nyenyane ke tla be ke li utsoitse.”

34 Labane a re: “Ho lokile. Ho ke ho be feela joalokaha u kopile.”+ 35 Letsatsing leo a behella ka thoko lipoli tse tona tse nang le mela le matheba le lipoli tsohle tse tšehali tse nang le matheba, tsohle tse nang le bosoeu le liramo tsohle tse sootho liramong tse nyenyane ’me a li fa bara ba hae hore ba li hlokomele. 36 Ka mor’a moo, a ea sebakeng se bohole ba leeto la matsatsi a mararo pakeng tsa hae le Jakobo ’me Jakobo a lisa liphoofolo tsa Labane tse setseng.

37 Jakobo a nka lithupa tse qetang ho khuoa lifateng tsa storaxe, tsa almonde le tsa poleini ’me a li ebola hore li hlahise bosoeu. 38 A nka lithupa tseo a li ebotseng a li kenya ka linoelong tsa liphoofolo hore ha li tl’o noa metsi li li bone ’me li palese.

39 Liphoofolo li ne li palesa ka pel’a lithupa ’me li tsoala tse nang le mela le tse nang le matheba. 40 Jakobo a arola liramo tse nyenyane ’me a etsa hore liphoofolo li shebane le tse nang le mela le tsohle tse sootho har’a liphoofolo tsa Labane. A beha liphoofolo tsa hae ka thoko ’me a se ke a li kopanya le tsa Labane. 41 Neng kapa neng ha liphoofolo tse matla li palesa, Jakobo o ne a beha lithupa ka linoelong moo liphoofolo li ntseng li li bona e le hore li palese pel’a tsona. 42 Empa ha liphoofolo li ne li fokola, o ne a sa behe lithupa moo. Tse fokolang e ne e lula e le tsa Labane empa tse matla e le tsa Jakobo.+

43 Monna enoa a ’na a atleha ’me a ba le liphoofolo tse ngata le basebeletsi ba banna le ba basali hammoho le likamele le litonki.+

31 Ha nako e ntse e ea, Jakobo a utloa bara ba Labane ba re: “Jakobo o nkile lintho tsohle tsa ntate oa rona ’me o bokelletse leruo la hae ka lintho tsa ntate oa rona.”+ 2 Ha Jakobo a sheba Labane, a bona hore ha a sa le ka mahlong.+ 3 Jehova a re ho Jakobo: “Khutlela naheng ea heno le ho batho ba heno+ ’me ke tla lula ke e-na le uena.” 4 Jakobo a romela molaetsa ho Ragele le Lea hore ba tle tšimong mohlapeng oa hae. 5 A re ho bona:

“Ke bone hore ntate oa lona ha a sa le ka mahlong+ empa Molimo oa ntate oa ka haesale a e-na le ’na.+ 6 Lea tseba hore ke sebelelitse ntate oa lona ka matla ’ohle a ka.+ 7 Ntate oa lona o lekile ho nqhekella ’me o fetotse moputso oa ka ka makhetlo a leshome empa Molimo o mo hanetse hore a nketse hampe. 8 Ha a ne a re, ‘Tse nang le matheba e tla ba moputso oa hao,’ liphoofolo tsohle li ne li tsoala tse nang le matheba. Empa ha a ne a re, ‘Tse nang le mela e tla ba moputso oa hao,’ liphoofolo tsohle li ne li tsoala tse nang le mela.+ 9 Molimo a ’na a nka liphoofolo tsa ntate oa lona ’me a mpha tsona. 10 Ha liphoofolo li palesa, ka bona torong hore liphooko* tse tlolelang mohlape e ne e le tse nang le mela le tse nang le matheba.+ 11 Lengeloi la Molimo oa ’nete la re ho ’na torong, ‘Jakobo!’ Ka re, ‘Ke ’na enoa.’ 12 Eaba le re, ‘Bona hore liphooko tsohle tse tlolelang mohlape ke tse nang le mela le tse nang le matheba kaha ke bone lintho tsohle tse mpe tseo Labane a u entseng tsona.+ 13 Ke ’na Molimo oa ’nete oa Bethele,+ e leng sebaka seo ho sona u ileng oa hloma lejoe la sehopotso* ’me oa tšela oli holim’a lona oa ba oa ikana ho ’na.+ Tloha naheng ena ’me u khutlele naheng eo u hlahetseng ho eona.’”+

14 Ragele le Lea ba re: “Na re sa ntse re e-na le lefa ka tlung ea ntate oa rona? 15 Na Ntate ha a re nke re le balichaba kaha o re rekisitse ’me o ntse a sebelisa chelete eo re e ntšelitsoeng?+ 16 Maruo ’ohle ao Molimo a a amohileng Ntate ke a rona le bana ba rona.+ Etsa sohle seo Molimo a itseng u se etse.”+

17 Jakobo a palamisa bana le basali ba hae likamele+ 18 eaba o nka liphoofolo tsohle le lintho tsohle tseo a li bokeletseng+ ha a le Padane-arame ’me a ea ho ntate oa hae Isaka naheng ea Kanana.+

19 Ha Labane a ne a e’o kuta linku, morali oa hae Ragele a utsoa literafime*+ tsa hae.+ 20 Jakobo a hlalefela Labane oa Moarame eaba o tsamaea a sa mo bolella. 21 A baleha ka lintho tsohle tsa hae le batho ba hae ’me a tšela Noka.*+ A ea lithabeng tsa Gileade.+ 22 Ka letsatsi la boraro, Labane a bolelloa hore Jakobo o balehile. 23 A tsamaea le bana babo ba bang,* a mo lelekisa ’me a mo fumana ka mor’a matsatsi a supileng lithabeng tsa Gileade. 24 Molimo a tla ho Labane oa Moarame+ torong bosiu+ ’me a re ho eena: “E-ba hlokolosi ha u bua le Jakobo.”*+

25 Labane a tla ho Jakobo kaha Jakobo o ne a hlomme tente ea hae thabeng ’me Labane a hlomme litente le bana babo lithabeng tsa Gileade. 26 Labane a re ho Jakobo: “U entse’ng? Ke hobane’ng ha u entse bolotsana ’me u tsamaile ka barali ba ka joalokaha eka ke batlamuoa ba hapuoeng ka sabole? 27 Ke hobane’ng ha u tsamaile u sa mpolella ’me u entse bolotsana? Haeba u ne u mpoleletse, re ka be re ile ra thaba le uena, ra u binela ’me ra u bapalla moropa o monyenyane le harepa. 28 Empa ha oa mpha monyetla oa ho suna litloholo* tsa ka le barali ba ka. U entse ka booatla. 29 Ke na le matla a ho u etsa hampe empa Molimo oa ntate oa hao o buile le ’na maobane bosiu a re, ‘E-ba hlokolosi ha u bua le Jakobo.’+ 30 U tsamaile hobane u hopotse ba lelapa la ntate oa hao empa ke hobane’ng ha u utsoitse melimo ea ka?”+

31 Jakobo a re ho Labane: “Ke tsamaile hobane ke ne ke tšaba hore u tla tloha u nkamoha barali ba hao. 32 Motho eo u tla fumana melimo ea hao ho eena o tla bolaoa. Hlahloba lintho tseo ke nang le tsona batho* bohle ba ntse ba shebile ’me u nke seo e leng sa hao.” Jakobo o ne a sa tsebe hore Ragele o e utsoitse. 33 Labane a kena ka tenteng ea Jakobo, ea Lea le ea basebeletsi ba babeli ba basali+ empa a se ke a e fumana. A tsoa ka tenteng ea Lea ’me a kena ka ho ea Ragele. 34 Ragele o ne a nkile literafime a li kentse ka har’a mokotla oa sale ea basali ea kamele ’me a lutse holim’a tsona. Labane a batlana le tsona ka har’a tente eohle empa a se ke a li fumana. 35 Ragele a re ho ntate oa hae: “U se ke oa halefa moren’a ka hobane ha ke khone ho ema kaha ke fihletsoe ke linako tsa basali.”+ Labane a ’na a batlana le literafime empa a se ke a li fumana.+

36 Jakobo a halefa ’me a omanya Labane a re: “Ke u entse’ng? Ke entse sebe sefe se etsang hore u ntelekise? 37 Joalokaha u se u shebile ka har’a lintho tsohle tsa ka, u fumane eng ea hao? E behe mona ka pel’a batho* bohle ’me ba etse qeto pakeng tsa rona. 38 Lilemong tse 20 tseo ke li lutseng le uena, linku le lipoli tsa hao ha lia ka tsa folotsa*+ ’me ha ho mohla nkileng ka ja liramo tsa mohlape oa hao. 39 Ha kea ka ka u tlisetsa phoofolo leha e le efe e bolailoeng ke libata.+ Ke ne ke nka boikarabelo ba tsona. Ebang phoofolo e ne e utsuoa motšehare kapa bosiu, u ne u batla hore ke e patale. 40 Ke ne ke chesoa ke letsatsi motšehare, bosiu ke bolaoa ke serame ke bile ke felloa ke boroko.+ 41 Ke qetile lilemo tse 20 ke lula le uena. Ke u sebelelitse lilemo tse 14 bakeng sa barali ba hao ba babeli le lilemo tse tšeletseng bakeng sa liphoofolo tsa hao ’me u ile oa ’na oa fetola moputso oa ka ka makhetlo a leshome.+ 42 Hoja Molimo oa Ntate,+ Molimo oa Abrahama le eo Isaka a mo tšabang*+ a sa ka a ba le ’na, u ka be u ntsamaisitse ke sa nka letho. Molimo o bone hore u ne u ntšotla le hore ke ne ke sebetsa ka thata ke kahoo a u khalemetseng maobane bosiu.”+

43 Labane a re ho Jakobo: “Barali bana ke ba ka, bana bana ke litloholo tsa ka, liphoofolo tsena ke tsa ka le lintho tsohle tseo u li bonang ke tsa ka le barali ba ka. Na nka etsa barali ba ka le litloholo tsa ka hampe? 44 A re etse selekane ’me e tla ba bopaki pakeng tsa rona.” 45 Jakobo a nka lejoe la sehopotso ’me a le hloma.+ 46 A re ho bana babo: “Nkang majoe!” Ba a nka ’me ba etsa qubu. Ka mor’a moo ba jella moo qubung. 47 Labane a e bitsa Jegare-sahadutha* empa Jakobo a e bitsa Galede.*

48 Labane a re: “Qubu ena ea majoe ke bopaki pakeng tsa ka le uena kajeno.” Ke ka lebaka leo a ileng a e reha Galede+ 49 le Tora ea ho Lebela hobane o itse: “Jehova a ke a re lebele ha re se re arohane. 50 Haeba u sa tšoare barali ba ka hantle ’me u nyala basali ba bang ka ntle ho barali ba ka, u hopole hore Molimo e tla ba paki pakeng tsa ka le uena le hoja ho se na motho ea re bonang.” 51 Labane a re ho Jakobo: “Qubu ea majoe ke ena le lejoe la sehopotso ke lena leo ke le behileng pakeng tsa ka le uena. 52 Qubu ena ea majoe ke bopaki, lejoe lena la sehopotso le lona ke bopaki+ ba hore nke ke ka fetela ka nģ’ane ho qubu ena hore ke u etse hampe ’me le uena u ke ke oa fetela ka nģ’ena ho qubu ena le lejoe lena la sehopotso hore u nketse hampe. 53 Molimo oa Abrahama+ le Molimo oa Nakore, Molimo oa ntate oa bona, a ke a ahlole pakeng tsa rona.” Jakobo a hlapanya ka Molimo eo ntate oa hae Isaka a mo hlomphang.+

54 Jakobo a etsa sehlabelo thabeng eaba o mema batho* ba hae hore ba je bohobe. Ba ja ’me ba robala moo thabeng. 55 Labane a tsoha hoseng haholo eaba o suna litloholo*+ tsa hae le barali ba hae ’me a ba hlohonolofatsa.+ Labane a tsamaea a khutlela hae.+

32 Jakobo a tsamaea ’me mangeloi a Molimo a kopana le eena. 2 Ha Jakobo a a bona a re: “Lena ke lebotho la Molimo!” A reha sebaka seo Mahanaime.*

3 Jakobo a romela baromuoa hore ba mo etelle pele ho ea ho Esau abuti oa hae naheng ea Seire,+ eo hape e bitsoang naha* ea Edomo+ 4 eaba o re ho bona: “Le fihle le re ho moren’a ka Esau, ‘Mohlanka oa hao Jakobo o re: “Ke lutse* le Labane nako e telele.+ 5 Ke na le lipoho, litonki, linku le basebeletsi ba banna le ba basali+ ’me ke romela molaetsa ona ho u tsebisa moren’a ka e le hore u ka nkamohela.”’”

6 Baromuoa ba khutlela ho Jakobo ba re: “Re kopane le abuti oa hao Esau ebile o tseleng le banna ba 400 ho tla kopana le uena.”+ 7 Jakobo a tšoha haholo ’me a tšoenyeha.+ A arola batho bao a neng a e-na le bona, linku, lipoli, likhomo le likamele ka lihlopha tse peli. 8 A re: “Haeba Esau a ka hlasela sehlopha se seng, se seng sona se tla pholoha.”

9 Jakobo a re: “Jehova Molimo oa ntate oa ka Abrahama le Molimo oa ntate oa ka Isaka, uena ea reng ho ’na, ‘Khutlela naheng ea heno le ho ba heno ’me ke tla u hlohonolofatsa,’+ 10 ha ke tšoaneloe ke lerato la hao* le hore ebe u ntšepahalletse+ hobane ke tšetse Jordane ena ke e-na le lere la ka feela ’me joale ke fetohile lihlopha tse peli.+ 11 Kea u rapela, mpholose+ ho abuti oa ka Esau hobane ke tšaba hore o tla tla ’me a ntlhasele+ le basali ba ka le bana. 12 U ile oa re: ‘Ke tla u hlohonolofatsa, ke etse hore bana* ba hao ba be joaloka lehlabathe la leoatle le lengata haholo hore le ka baloa.’”+

13 A robala moo eaba o isetsa abuti oa hae Esau karolo e ’ngoe ea maruo a hae e le mpho:+ 14 Lipoli tse tšehali tse 200, liphooko* tse 20, linku tse tšehali tse 200, liramo tse 20, 15 likamele tse 30 tse anyesang lipetsana tsa tsona, likhomo tse tšehali tse 40, lipoho tse leshome, litonki tse tšehali tse 20 le litonki tse tona tse leshome.+

16 A neha bahlanka ba hae liphoofolo ka ho latellana ’me a re ho bona: “Tšelang pele ho ’na ’me le siee sebaka pakeng tsa liphoofolo tsa lona.” 17 A re ho mohlanka oa pele: “Haeba abuti oa ka Esau a ka kopana le uena ’me a u botsa a re, ‘U ea hokae, mong’a hao ke mang, hona liphoofolo tsee ke tsa mang?’ 18 U tle u re, ‘Ke mohlanka oa Jakobo, mohlanka oa hao. Liphoofolo tsena ke mpho e rometsoeng ho uena moren’a ka Esau+ ’me le eena o ntse a tla ka mor’a rona.’” 19 A re ho mohlanka oa bobeli le oa boraro le ho bohle ba khannang liphoofolo: “Le bue mantsoe ana ho Esau ha le kopana le eena. 20 Hape le re, ‘Mohlanka oa hao Jakobo o ntse a tla ka mor’a rona.’” Hobane o ile a re: ‘Haeba nka bopa khotso le eena ka ho mo romella mpho pele ke fihla,+ mohlomong o tla nkamohela ka mosa ha re kopana.’ 21 Bahlanka ba hae ba tšela pele ho eena ’me ba isa mpho empa eena a robala litenteng.

22 Bosiung boo a tsamaea le basali ba hae ba babeli,+ basebeletsi ba hae ba babeli ba basali+ le bara ba hae ba banyenyane ba 11 ’me a tšela nokana ea Jaboke.+ 23 A ba tšelisa nokana* ’me a nka le lintho tsohle tseo a nang le tsona.

24 Qetellong Jakobo a sala a le mong. Monna e mong a loana le eena ho fihlela mesong.+ 25 Ha a bona hore ha a mo hlole, a tšoara komiki ea noka ea hae ’me komiki ea noka ea Jakobo ea tsoa malulong ha a ntse a loana le eena.+ 26 Ka mor’a moo a re: “Ntlohele ke tsamaee kaha e se e le hoseng.” Jakobo a re: “Nke ke ka u tlohela ho fihlela u ntlhohonolofatsa.”+ 27 Monna eo a re ho eena: “Lebitso la hao u mang?” A re: “Ke Jakobo.” 28 Monna eo a re: “Lebitso la hao ha e sa tla hlola e e-ba Jakobo empa e tla ba Iseraele*+ hobane u loanne le Molimo+ le batho ’me qetellong u hlotse.” 29 Jakobo a re: “Ke kopa u mpolelle lebitso la hao.” Empa monna eo a re: “Ke hobane’ng ha u batla ho tseba lebitso la ka?”+ Eaba oa mo hlohonolofatsa. 30 Jakobo a reha sebaka seo Peniele*+ hobane o ile a re, “Ke bone sefahleho sa Molimo* empa ke ntse ke phela.”+

31 Ha a feta Penuele,* letsatsi le ile la qala ho chaba empa o ne a hlotsa ka lebaka la noka ea hae.+ 32 Ke ka lebaka leo ho fihlela letsatsing lena Baiseraele* ba sa tloaelang ho ja mosifa oa serope, o komiking ea lenonyello la noka hobane o ile a tšoara komiki ea lenonyello la noka ea Jakobo mosifeng oa serope.

33 Jakobo a bona Esau a tla le bahlanka ba hae ba 400.+ A arola bana. Ba bang a ba fa Lea, ba bang a ba fa Ragele ’me ba bang a ba fa basebeletsi ba babeli ba basali.+ 2 A beha basebeletsi ba basali le bana ba bona ka pele,+ ka mor’a bona ea e-ba Lea le bana ba hae+ ’me ka mor’a bona a beha Ragele+ le Josefa. 3 A ea ka pel’a bona ’me a khumama* ka makhetlo a supileng ha a ntse a atamela abuti oa hae.

4 Empa Esau a matha ho ea kopana le eena, a mo haka a ba a mo suna* eaba ba lla habohloko. 5 Ha a bona basali le bana a re: “Ke bo-mang baa ba nang le uena?” Jakobo a re: “Ke bana bao Molimo a hauhetseng mohlanka oa hao ka bona.”+ 6 Basebeletsi ba basali ba atamela le bana ba bona ’me ba khumama, 7 Lea a atamela le bana ba hae ’me ba khumama. Josefa le Ragele le bona ba atamela eaba baa khumama.+

8 Esau a re: “Ke hobane’ng ha u ile oa romela batho le liphoofolo tseo ke kopaneng le tsona?”+ Jakobo a re: “Hore u tle u nkhauhele moren’a ka.”+ 9 Esau a re: “Ngoan’eso, ke na le maruo a mangata haholo.+ U se ke oa mpha a hao.” 10 Empa Jakobo a re: “Kea u kopa hle, haeba u nkhauhetse ke kopa u nke mpho ena hobane ke u tliselitse eona e le hore ke bone sefahleho sa hao. Ke bone sefahleho sa hao joalokaha eka ke bone sefahleho sa Molimo hobane u nkamohetse ka thabo.+ 11 Ke kopa u nke mpho* e ileng ea tlisoa ho uena+ hobane Molimo o nkhauhetse ’me ke na le lintho tsohle tseo ke li hlokang.”+ A mo phehella ho fihlela a e nka.

12 Hamorao Esau a re: “A re tsamaee ’me ke tla li hula pele.” 13 Empa Jakobo a re ho eena: “Moren’a ka u hlokometse hore bana ba sa le banyenyane+ hape ke hlokometse linku le likhomo tse anyesang. Haeba li potlakisoa haholo ka letsatsi le le leng, liphoofolo tsohle li tla shoa. 14 Moren’a ka ke kopa u tsamaelle pele, ’na ke tla tsamaea ke iketlile le liphoofolo tsa ka le bana ho fihlela ke fihla Seire ho uena.”+ 15 Esau a re: “Ke kopa ho siea ba bang ba batho ba ka le uena.” Jakobo a re: “Hobane’ng? Ke mpa feela ke batla hore u nkhauhele moren’a ka.” 16 Letsatsing leo Esau a khutlela Seire.

17 Jakobo a ea Sukothe,+ a ikahela ntlo ’me a hahela liphoofolo tsa hae masaka. Ke ka lebaka leo a ileng a reha sebaka seo Sukothe.*

18 Jakobo a tloha Padane-arame+ ’me a fihla a sireletsehile motseng oa Shikeme+ o naheng ea Kanana+ eaba o hloma litente tsa hae haufi le motse oo. 19 A reka tšimo ka likotoana tse 100 tsa chelete+ ho bara ba Hamore ntate oa Shikeme eaba o hloma tente ea hae moo. 20 A hloma aletare moo ’me a e bitsa Molimo ke Molimo oa Iseraele.+

34 Dina morali oa Jakobo le Lea,+ o ne a tloaetse ho chakela banana ba naha eo.+ 2 Ha Shikeme mora oa Hamore oa Moheve,+ khosana ea naha a mo bona, a mo nka ’me a mo beta. 3 Shikeme a khahloa ke Dina morali oa Jakobo. O ne a shoa a ikepela ka Dina ’me a leka ho mo hapa pelo.* 4 Qetellong Shikeme a re ho ntate oa hae Hamore:+ “Nkopele moroetsana enoa hore e be mosali oa ka.”

5 Bara ba Jakobo ba ne ba le naheng le liphoofolo tsa hae ha a utloa hore Shikeme o silafalitse morali oa hae Dina. Jakobo a thola ho fihlela ba khutla. 6 Hamorao Hamore ntate oa Shikeme a ea ho Jakobo ho ea bua le eena. 7 Empa bara ba Jakobo ba utloa ka taba ena eaba ba khutla naheng hang-hang. Ba ne ba utloile bohloko ebile ba halefile hobane o ne a tlotlolotse Iseraele ka ho robala le morali oa Jakobo,+ e leng ntho e sa lokelang ho etsoa.+

8 Hamore a bua le bona a re: “Mora oa ka Shikeme o khahliloe ke morali oa lona. Ke kopa le mo fe eena e be mosali oa hae 9 ’me le etse selekane sa lenyalo* le rona. Le re fe barali ba lona ’me re tla le fa barali ba rona.+ 10 Le ka lula le rona ’me la fuoa naha. Le iketsetse likhoebo ’me le ahe ho eona.” 11 Shikeme a re ho ntate oa Dina le bana babo: “Ke kopa le nkamohele ’me ke tla le fa sohle seo le se kopang. 12 Le ka ’na la mpatalisa chelete e ngata ea mahali le mpho.+ Ke ikemiselitse ho le fa sohle seo le se batlang. Hafeela le ka mpha moroetsana enoa hore e be mosali oa ka.”

13 Bara ba Jakobo ba thetsa Shikeme le ntate oa hae Hamore hobane o ne a silafalitse khaitseli ea bona Dina. 14 Ba re ho bona: “Re ke ke ra fana ka khaitseli ea rona ho monna ea sa bollang*+ hobane ho etsa joalo ho ka re tlotlolla. 15 Re tla lumela hafeela le ka ba joaloka rona ’me la bolotsa banna bohle ba lona.+ 16 Re tla le fa barali ba rona ’me re tla nyala barali ba lona, re tla lula le lona ’me re be sechaba se le seng. 17 Haeba le sa re mamele ’me le sa bolle, re tla nka morali oa rona re tsamaee.”

18 Taba ena ea thabisa Hamore+ le mora oa hae Shikeme.+ 19 Mohlankana eo a potlakela ho etsa seo ba itseng a se etse+ hobane o ne a khahliloe ke morali oa Jakobo. Shikeme o ne a hlompheha ho feta bohle ba lelapa la ntate oa hae.

20 Hamore le mora oa hae Shikeme ba ea keiting ea motse ’me ba bua le banna ba motse oa bona+ ba re: 21 “Banna bana ba batla ho ba le khotso le rona. Ba tloheleng hore ba lule naheng ena ’me ba iketsetse likhoebo ho eona kaha naha ena e kholo ’me le bona e ka ba lekana. Re ka nyala barali ba bona ’me ba ka nyala barali ba rona.+ 22 Banna bana ba lumela ho lula le rona e le hore re ka ba sechaba se le seng hafeela re ka etsa ntho ena e le ’ngoe: Banna bohle har’a rona ba lokela ho bolla joaloka bona.+ 23 Matlotlo a bona, leruo la bona le mehlape eohle ea bona e tla ba tsa rona. A re lumeleng ho etsa joalo e le hore ba ka lula le rona.” 24 Banna bohle ba bokaneng keiting ea motse ba mamela Hamore le mora oa hae Shikeme ’me ba bolla.

25 Ka letsatsi la boraro ha ba ntse ba opeloa, bara ba babeli ba Jakobo e leng Simeone le Levi, bo-abuti ba Dina,+ ba nka lisabole tsa bona ’me ba ea motseng baahi ba moo ba sa lebella eaba ba bolaea banna bohle.+ 26 Ba bolaea Hamore le mora oa hae Shikeme ka sabole eaba ba nka Dina ntlong ea Shikeme ’me ba tsamaea. 27 Bara ba bang ba Jakobo ba tla ho banna ba bolailoeng eaba ba nka maruo a motse hobane ba silafalitse khaitseli ea bona.+ 28 Ba nka linku, lipoli, liphoofolo tse kholo, litonki tsa bona le lintho tsohle tse neng li le motseng oo le naheng. 29 Ba boela ba nka lintho tsohle tsa bona, ba hapa bana bohle ba bona ba banyenyane le basali ba bona ’me ba nka le lintho tsohle tse ka matlung.

30 Jakobo a re ho Simeone le Levi:+ “Le mpaketse bothata bo boholo* ka ho nketsa ntho e nyonyehang ho baahi ba naha, ho Bakanana le Bapereze. Rea fokola ka palo, ba tla mpokanela hore ba ntlhasele ’me ’na le ba lelapa la ka re tla felisoa.” 31 Empa ba re: “Re ke ke ra lumela hore khaitseli ea rona e tšoaroe joaloka letekatse.”

35 Molimo a re ho Jakobo: “E-ea Bethele+ u lule teng ’me u fihle u hahele Molimo oa ’nete aletare, Molimo ea ileng a hlaha ho uena ha u ne u baleha abuti oa hao Esau.”+

2 Jakobo a re ho ba lelapa la hae le ho bohle bao a nang le bona: “Lahlang melimo ea litšoantšo e ho lona,+ le itlhoekise ’me le apare liaparo tse ling. 3 A re eeng Bethele. Ke tla hahela Molimo oa ’nete aletare. Molimo o ile a nkaraba ha ke ne ke e-na le mathata, a ba le ’na hohle* moo ke neng ke ea teng.”+ 4 Ba fa Jakobo melimo eohle ea litšoantšo eo ba neng ba e-na le eona le masale a litsebeng tsa bona eaba Jakobo o li tsetela* tlas’a sefate se seholo se neng se le haufi le Shikeme.

5 Ha ba ntse ba tsamaea, Molimo a etsa hore batho ba metse e ba potolohileng ba tšohe. Kahoo, ha baa ka ba lelekisa bara ba Jakobo. 6 Jakobo le batho bohle ba nang le eena ba fihla Luze+ eo hape e bitsoang Bethele naheng ea Kanana. 7 O ile a haha aletare moo ’me a bitsa sebaka seo Ele-bethele* hobane Molimo oa ’nete o ile a itlhahisa ho eena moo ha a ne a baleha abuti oa hae.+ 8 Hamorao Debora,+ mosali ea hlokomelang* Rebeka a shoa ’me a patoa haufi le Bethele tlas’a sefate sa ouku.* Jakobo a se reha Alone-bakuthe.*

9 Ha Jakobo a tsoa Padane-arame, Molimo a boela a hlaha ho eena ’me a mo hlohonolofatsa. 10 Molimo a re ho eena: “Lebitso la hao ke Jakobo.+ Empa ha u sa tla bitsoa Jakobo. U se u tla bitsoa Iseraele.” A qala ho mo bitsa Iseraele.+ 11 Molimo a boela a re ho eena: “Ke ’na Molimo Ea Matla ’Ohle.+ Ata ’me u ngatafale. U tla ba ntate oa lichaba tse ngata+ ’me marena a tla tsoa ho uena.*+ 12 Ke tla u fa naha eo ke e fileng Abrahama le Isaka ’me ke tla e fa le bana* ba hao.”+ 13 Molimo a tloha ho eena sebakeng seo a neng a buile le eena a le ho sona.

14 Jakobo a hloma lejoe la sehopotso sebakeng seo a buileng le eena a le ho sona, a tšela nyehelo ea seno le oli holim’a lona.+ 15 Jakobo a reha sebaka seo Molimo a buileng le eena ho sona Bethele.+

16 Ba tloha Bethele ’me ha ba ntse ba le hole le ho fihla Efratha, nako ea hore Ragele a be le ngoana ea fihla empa a thatafalloa ke ho beleha. 17 Ha a ntse a thatafalloa ke ho beleha, ’melehisi a re ho eena: “U se ke oa tšoha hobane le mora enoa o tla hlaha.”+ 18 Ha a le haufi le ho shoa a mo reha Ben-oni* empa ntate oa hae a mo reha Benjamine.*+ 19 Ragele a shoa ’me a patoa tseleng e eang Efratha eo hape e bitsoang Bethlehema.+ 20 Jakobo a hloma lejoe la sehopotso holim’a lebitla la hae. Ke lejoe la sehopotso la lebitla la Ragele ho fihlela letsatsing lena.

21 Iseraele a tsamaea eaba o hloma tente ea hae ka nģ’ane ho tora ea Edere. 22 Ka letsatsi le leng ha Iseraele a ntse a lula naheng eo, Rubene a robala le Bilha serethe* sa ntate oa hae eaba Iseraele o utloela ka taba eo.+

Jakobo o ne a e-na le bara ba 12. 23 Bara ba Lea e ne e le Rubene letsibolo la Jakobo,+ ha latela Simeone, Levi, Juda, Isakare le Zabulone. 24 Bara ba Ragele e ne e le Josefa le Benjamine. 25 Bara ba Bilha mosebeletsi oa Ragele e ne e le Dane le Nefthali. 26 Bara ba Zilpa mosebeletsi oa Lea e ne e le Gade le Ashere. Bana ke bara ba Jakobo bao a ba tsoalletsoeng Padane-arame.

27 Qetellong Jakobo a fihla Mamre,+ Kiriathe-arba, ke ho re Hebrone, moo ntate oa hae Isaka a neng a le teng, moo Abrahama le Isaka ba ileng ba lula teng e le balichaba.+ 28 Isaka o phetse lilemo tse 180.+ 29 Isaka a shoa ka mor’a hore a phele nako e telele a bile a khotsofetse eaba o patoa joaloka batho ba habo.* Bara ba hae e leng Esau le Jakobo ba mo pata.+

36 Ena ke histori ea Esau eo hape a bitsoang Edomo.+

2 Esau o ile a nyala basali bana ba tsoang Kanana: Ada+ morali oa Elone oa Mohethe+ le Oholibama+ morali oa Ana, setloholo sa Zibeone oa Moheve 3 le Basmathe+ morali oa Ishmaele, khaitseli ea Nebajothe.+

4 Ada a tsoalla Esau Elifaze ’me Basmathe a tsoala Reuele,

5 Oholibama a tsoala Jeushe, Jalame le Kora.+

Bana ke bara ba Esau bao a ba tsoalletsoeng naheng ea Kanana. 6 Esau a nka basali ba hae, bara, barali ba hae le bohle ba lelapa la hae. A nka le liphoofolo tsohle tsa hae le maruo ’ohle ao a ileng a ba le ’ona+ ha a le naheng ea Kanana ’me a ea naheng e ’ngoe, hole le Jakobo ngoan’abo.+ 7 Lintho tsa bona li ne li le ngata haholo hore ba ka lula ’moho ’me naha eo ba neng ba lula* ho eona e ne e sa ba lekane ka lebaka la liphoofolo tsa bona. 8 Esau a lula lithabeng tsa Seire.+ Esau o boetse o bitsoa Edomo.+

9 Ena ke histori ea Esau ntate oa Baedomo ba lulang lithabeng tsa Seire.+

10 Ana ke mabitso a bara ba Esau: Elifaze mora oa Ada, mosali oa Esau, Reuele mora oa Basmathe, mosali e mong oa Esau.+

11 Bara ba Elifaze e ne e le Temane,+ Omare, Zefo, Gatame le Kenaze.+ 12 Timna ea e-ba serethe* sa Elifaze, mora oa Esau. Ha nako e fihla a tsoalla Elifaze Amaleke.+ Bana ke bara ba Ada, mosali oa Esau.

13 Bana ke bara ba Reuele: Nahathe, Zera, Shama le Miza. Ke bara ba Basmathe+ mosali oa Esau.

14 Bana ke bara ba Oholibama bao a ileng a ba tsoalla Esau: Jeushe, Jalame le Kora. Oholibama e ne e le mosali oa Esau hape e le morali oa Ana ebile e le setloholo sa Zibeone.

15 Bana ke baeta-pele ba bara ba Esau:+ Bara ba Elifaze, letsibolo la Esau: Moeta-pele Temane, Moeta-pele Omare, Moeta-pele Zefo, Moeta-pele Kenaze,+ 16 Moeta-pele Kora, Moeta-pele Gatame le Moeta-pele Amaleke. Bana ke baeta-pele ba Elifaze+ naheng ea Edomo. Ke bara ba Ada.

17 Bana ke bara ba Reuele, mora oa Esau: Moeta-pele Nahathe, Moeta-pele Zera, Moeta-pele Shama le Moeta-pele Miza. Bana ke baeta-pele ba Reuele naheng ea Edomo.+ Ke bara ba Basmathe, mosali oa Esau.

18 Bana ke bara ba Oholibama mosali oa Esau: Moeta-pele Jeushe, Moeta-pele Jalame le Moeta-pele Kora. Ke baeta-pele ba Oholibama morali oa Ana, mosali oa Esau.

19 Bana ke bara ba Esau e leng Edomo+ ’me bana ke baeta-pele ba bona.

20 Bana ke bara ba Seire oa Mohore, baahi ba naha:+ Lotane, Shobale, Zibeone, Ana,+ 21 Dishone, Ezere le Dishane.+ Bana ke baeta-pele ba Bahore, bara ba Seire, naheng ea Edomo.

22 Bara ba Lotane e ne e le Hori le Hemame ’me khaitseli ea Lotane e ne e le Timna.+

23 Bana ke bara ba Shobale: Alvane, Manahathe, Ebale, Shefo le Oname.

24 Bana ke bara ba Zibeone:+ Aja le Ana. Enoa ke Ana ea ileng a fumana liliba tsa metsi a chesang lefeelleng ha a ntse a hlokometse litonki tsa ntate oa hae Zibeone.

25 Bana ke bana ba Ana: Dishone le Oholibama morali oa Ana.

26 Bana ke bara ba Dishone: Hemdane, Eshbane, Ithrane le Kerane.+

27 Bana ke bara ba Ezere: Bilhane, Zavane le Akane.

28 Bana ke bara ba Dishane: Utse le Arane.+

29 Bana ke baeta-pele ba Bahore: Moeta-pele Lotane, Moeta-pele Shobale, Moeta-pele Zibeone, Moeta-pele Ana, 30 Moeta-pele Dishone, Moeta-pele Ezere le Moeta-pele Dishane.+ E ne e le baeta-pele ba Bahore naheng ea Seire.

31 Ana ke marena a ileng a busa naha ea Edomo+ pele morena leha e le ofe a busa Baiseraele.*+ 32 Bela mora oa Beore o ile a busa Edomo ’me motse oa hae e ne e le Dinhaba. 33 Ha Bela a shoa, Jobabe mora oa Zera ea tsoang Bozra a busa ka mor’a hae. 34 Ha Jobabe a shoa, Hushame ea tsoang naheng ea Batemane a busa ka mor’a hae. 35 Ha Hushame a shoa, Hadade mora oa Bedade, ea hlotseng Bamidiane+ naheng ea Moabe, a busa ka mor’a hae. Lebitso la motse oa hae e ne e le Avithe. 36 Ha Hadade a shoa, Samla ea tsoang Masreka a busa ka mor’a hae. 37 Ha Samla a shoa, Shaule ea tsoang Rehobothe pel’a Noka a busa ka mor’a hae. 38 Ha Shaule a shoa, Baale-hanane mora oa Akbore a busa ka mor’a hae. 39 Ha Baale-hanane mora oa Akbore a shoa, Hadare a busa ka mor’a hae. Lebitso la motse oa hae e ne e le Pau ’me lebitso la mosali oa hae e le Mehetabele morali oa Matrede morali oa Mezahabe.

40 Ana ke mabitso a baeta-pele ba Esau ho ea ka malapa le libaka tsa bona: Moeta-pele Timna, Moeta-pele Aleva, Moeta-pele Jethethe,+ 41 Moeta-pele Oholibama, Moeta-pele Ela, Moeta-pele Pinone, 42 Moeta-pele Kenaze, Moeta-pele Temane, Moeta-pele Mibzare, 43 Moeta-pele Magdiele le Moeta-pele Irame. E ne e le baeta-pele ba Edomo ho ea ka libaka tsa bona tsa bolulo naheng ea bona.+ Enoa ke Esau ntate oa Baedomo.+

37 Jakobo a lula naheng ea Kanana, moo ntate oa hae a ileng a lula teng e le molichaba.+

2 Ena ke histori ea Jakobo.

Ha Josefa+ e sa le moshanyana ea lilemo li 17, o ne a lisa+ le bara ba Bilha+ le bara ba Zilpa,+ basali ba ntate oa hae. Josefa a bolella ntate oa bona lintho tse mpe tseo ba neng ba li etsa. 3 Iseraele o ne a rata Josefa ho feta bara ba bang bohle+ ba hae hobane e ne e le mora oa botsofaling ba hae. O ne a bile a mo etselitse seaparo se selelele se khethehileng.* 4 Ha bana babo ba bona hore ntate oa bona o mo rata ho ba feta kaofela, ba mo hloea ’me ba ne ba lula ba mo hlaba ka mantsoe.

5 Hamorao Josefa a ba le toro ’me a e bolella bana babo+ eaba ba mo hloea le ho feta. 6 A re ho bona: “Ke kopa le mamele toro ena eo ke e lorileng. 7 Re ne re tlama mangata har’a tšimo. Ngata ea ka ea tsoha ea ema e otlolohile ’me mangata a lona a pota-pota ngata ea ka a e khumamela.”+ 8 Bana babo ba re ho eena: “Na u tl’o iketsa morena oa rona ’me u re laole?”+ Ba fumana lebaka le leng la ho mo hloea ka lebaka la litoro tsa hae le seo a se buileng.

9 A ba le toro e ’ngoe ’me a e bolella bana babo a re: “Ke lorile toro e ’ngoe. Lekhetlong lena letsatsi, khoeli le linaleli tse 11 li ne li khumama ka pel’a ka.”+ 10 A e bolella ntate oa hae le bana babo. Ntate oa hae a mo khalemela a re ho eena: “Toro ee ea hao e bolela’ng? Na ’na, ’mè oa hao le bana beno re tla u khumamela?” 11 Bana babo ba mo monela+ empa ntate oa hae a lula a nahana ka seo Josefa a se buileng.

12 Bana babo ba tsamaea ba e’o fulisa liphoofolo tsa ntate oa bona haufi le Shikeme.+ 13 Iseraele a re ho Josefa: “Bana beno ba lisitse liphoofolo haufi le Shikeme. E-ea ho bona.” A re ho eena: “Ke tla ea.” 14 Jakobo a re ho eena: “Ke kopa u tsamaee u e’o sheba hore na bana beno ba ntse ba le hantle. U shebe le hore na liphoofolo li ntse li ea joang ’me u khutle u tl’o mpolella.” Eaba o tloha khohlong* ea Hebrone+ o ea Shikeme. 15 Hamorao monna e mong a mo fumana a ntse a hlahlathela naheng. Monna eo a re: “U batla’ng?” 16 Josefa a re: “Ke batlana le bana beso. Ke kopa u mpolelle hore na ba liselitse hokae.” 17 Monna eo a re: “Ha ba tloha mona ke utloile ba re, ‘A re eeng Dothane.’” Josefa a latela bana babo ’me a ba fumana Dothane.

18 Ba mo bona a le hojana ’me pele a fihla ho bona, ba rera ho mo bolaea. 19 Ba buisana ba re: “Bonang ralitoro eane ke eo a tla.+ 20 A re mo bolaeeng, re mo lahlele ka sekoting sa metsi ebe re re phoofolo e hlaha e mo harotse, re tle re bone hore na ho tla etsahala’ng ka litoro tsa hae.” 21 Ha Rubene+ a utloa sena a leka ho mo pholosa. A re: “A re se keng ra mo bolaea.”+ 22 Rubene a re ho bona: “Le se ke la mo bolaea.+ Mo lahleleng ka sekoting sena sa metsi se lefeelleng empa le se ke la mo etsa hampe.”+ Morero oa hae e ne e le ho mo pholosa e le hore a ka mo khutlisetsa ho ntate oa hae.

23 Ha Josefa a fihla ho bana babo, ba mo hlobolisa seaparo sa hae se selelele se khethehileng+ 24 eaba ba mo lahlela ka sekoting sa metsi. Ho ne ho se na metsi ka sekoting.

25 Ha ba lutse fatše ba ja, ba bona sehlopha sa Baishmaele+ ba tsoang Gileade. Likamele tsa bona li ne li jere mamina a sefate a nkhang hamonate,* balsame le makhekhephu a sefate*+ ’me ba ne ba le tseleng e eang Egepeta. 26 Juda a re ho bana babo: “Ho bolaea ngoan’abo rona le ho koahela mali a hae ho tla re thusa ka eng?+ 27 A re mo rekisetseng+ Baishmaele ’me re se ke ra mo etsa hampe hobane ke ngoan’abo rona, ke mali* a rona.” Bana babo ba mo mamela. 28 Ha sehlopha sa Baishmaele*+ se feta, ba nyolla Josefa ka sekoting sa metsi ’me ba mo rekisetsa Baishmaele ka likotoana tse 20 tsa silevera.+ Banna bao ba isa Josefa Egepeta.

29 Ha Rubene a khutlela sekoting sa metsi a fumana Josefa a le sieo eaba o tabola liaparo tsa hae. 30 Ha a khutlela ho bana babo a hoeletsa a re: “Ngoana o ile! Ke tl’o etsa joang?”

31 Ba nka seaparo sa Josefa se selelele ’me ba hlaba phooko* eaba ba kenya seaparo seo ka har’a mali. 32 Ka mor’a moo, ba romela seaparo seo se khethehileng ho ntate oa bona eaba ba re: “Re fumane seaparo sena. Re kopa u shebe hore na ha se sa Josefa.”+ 33 A se sheba eaba oa hoeletsa o re: “Ke seaparo sa mora oa ka! E tlameha ebe phoofolo e hlaha e mo harotse! Kannete Josefa o bolailoe* ke phoofolo e hlaha!” 34 Jakobo a tabola liaparo tsa hae ’me a itlama ka lesela le hoashang* thekeng eaba o qeta matsatsi a mangata a utloile bohloko ka lebaka la mora oa hae. 35 Bara le barali bohle ba hae ba ’na ba leka ho mo tšelisa empa a hana ho tšeliseha a re: “Ke tla theohela Lebitleng*+ ke utloile bohloko ka lebaka la mora oa ka!” Jakobo a ’na a llela mora oa hae Josefa.

36 Baishmaele* ba rekisa Josefa Egepeta, ba mo rekisetsa Potifaro. Potifaro e ne e le molaoli oa lekhotla oa Faro+ le mookameli oa balebeli.+

38 Juda a tloha ho bana babo ’me a hloma tente ea hae haufi le monna oa Moadulame ea bitsoang Hira. 2 Ke hona moo Juda a ileng a bona morali oa Mokanana+ e mong ea bitsoang Shua. A nyala ngoanana eo eaba o robala le eena. 3 Ngoanana eo a ima ’me ka mor’a nako a ba le ngoana oa moshanyana. Juda a mo reha Ere.+ 4 A ima hape eaba o ba le mora, a mo reha Onane. 5 A ba le mora e mong hape ’me a mo reha Shela. Juda o ne a le Akzibe+ ha mosali oa hae a e-ba le mora enoa.

6 Ka mor’a nako Juda a batlela Ere letsibolo la hae mosali ’me lebitso la hae e ne e le Tamare.+ 7 Ere letsibolo la Juda o ne a etsa lintho tse sa khahliseng Jehova, kahoo Jehova a mo bolaea. 8 Ka lebaka leo, Juda a re ho Onane: “Robala le mosali oa abuti oa hao ’me u mo nyale e le hore u etsetse abuti oa hao bana.”+ 9 Empa Onane o ne a tseba hore bana bao e ke ke ea e-ba ba hae.+ Kahoo, e ne e re ha a robala le mosali oa abuti oa hae, ebe o ntšetsa peo ea hae fatše e le hore a se ke a mo etsetsa bana.+ 10 Ntho eo a neng a e etsa e ne e sa thabise Jehova, kahoo le eena Molimo a mo bolaea.+ 11 Juda a re ho ngoetsi ea hae Tamare: “Lula u le mohlolohali ntlong ea ntate oa hao ho fihlela mora oa ka Shela a holile.” O ne a nahana hore mora oa hae Shela a ka ’na a shoa joaloka bara ba bang ba hae.+ Tamare a tsamaea ’me a lula ntlong ea ntate oa hae.

12 Mosali oa Juda, morali oa Shua+ a shoa. Ha Juda a se a tšelisehile, a ea Timna+ ho batho ba kutang linku tsa hae, a e-na le motsoalle oa hae oa Moadulame ea bitsoang Hira.+ 13 Tamare a bolelloa hore ntate matsale oa hae o nyolohela Timna ho ea kuta linku tsa hae. 14 A hlobola liaparo tsa hae tse neng li bontša hore ke mohlolohali ’me a ikhurumetsa ka lesira eaba o ikoahela ka sholo.* A lula keiting ea Enaime e tseleng e eang Timna. O ne a bona hore Shela o holile empa ntate matsale oa hae o ne a sa ba nyalise.+

15 Ha Juda a mo bona, a nka hore ke letekatse* hobane o ne a ikoahetse sefahleho. 16 A ea ho eena pel’a tsela ’me a re: “Ke kopa u ntumelle hore ke robale le uena.” O ne a sa tsebe hore ke ngoetsi ea hae.+ Leha ho le joalo, Tamare a re: “U tla mpha eng e le hore u robale le ’na?” 17 A re: “Ke tla nka potsanyane mohlapeng oa ka ke u romelle eona.” Empa Tamare a re: “U tla siea eng e le bopaki ba hore u tla e romela?” 18 Juda a re: “Ke u siele eng?” Tamare a re: “Ntšiele reng ea hao e tempang,+ thapo le molamu oo o u tšoereng.” A mo fa tsona eaba o robala le eena ’me a mo imisa. 19 A tsamaea eaba o hlobola sholo ea hae ’me o apara liaparo tsa hae tse bontšang hore ke mohlolohali.

20 Juda a roma motsoalle oa hae oa Moadulame+ hore a ise potsanyane ho mosali eo e le hore a late lintho tseo a neng a li siile e le bopaki empa a fumana a le sieo. 21 A botsa banna ba sebaka sa habo mosali eo a re: “Mosali eloa oa letekatse* oa Enaime ea emang pel’a tsela o hokae?” Ba re: “Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le letekatse mona.” 22 A khutlela ho Juda ’me a re: “Ha kea mo fumana, ntle ho moo, banna ba sebaka seo ba itse, ‘Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le letekatse mona.’” 23 Juda a re: “A ka ’na a li nka lintho tseo e le hore re se ke ra tlotlolloa. Bonyane ke rometse potsanyane ena le hoja u sa mo fumana.”

24 Hoo e ka bang likhoeli tse tharo hamorao ha thoe ho Juda: “Ngoetsi ea hao Tamare o ikentse letekatse ’me o imme.” Juda a re: “Mo ntšetseng ka ntle ’me a chesoe.”+ 25 Ha a ntse a ntšetsoa ka ntle a romela molaetsa ho ntate matsale oa hae a re: “Ke imisitsoe ke mong’a lintho tsena.” A boela a re: “Ke kopa u hlahlobe hore na lintho tsena ke tsa mang, reng e tempang, thapo le molamu.”+ 26 Juda a li hlahloba ’me a re: “Mosali enoa o lokile ho mpheta hobane ha kea mo fa mora oa ka Shela.”+ Juda ha aa ka a hlola a robala le eena.

27 Ha nako ea hore a belehe e fihla, ho ile ha fumaneha hore o imme mafahla. 28 Ha a ntse a beleha, lefahla le leng la ntša letsoho ’me hang-hang ’melehisi a nka khoele e khubelu* a le tlama letsoho a re: “Enoa o tsoile pele.” 29 Empa hang ha le khutlisa letsoho, lefahla le leng la tsoa eaba ’melehisi oa hoeletsa o re: “Ke hobane’ng ha u tabotse ’mè oa hao ka tsela ee?” Kahoo la rehoa Pereze.*+ 30 Ka mor’a moo lefahla le leng la tsoa. Letsoho la lona le ne le fasitsoe ka khoele e khubelu* eaba le rehoa Zera.+

39 Josefa a isoa Egepeta+ ’me Moegepeta ea bitsoang Potifaro,+ e leng molaoli oa lekhotla oa Faro le mookameli oa balebeli, a mo reka ho Baishmaele.+ 2 Empa Jehova o ne a e-na le Josefa.+ Ka lebaka leo, a atleha ’me a behoa hore a laole ntlo ea mong’a hae oa Moegepeta. 3 Mong’a hae a bona hore Jehova o na le eena le hore Jehova o ne a atlehisa lintho tsohle tseo a li etsang.

4 Josefa a ’na a ratoa ke mong’a hae ’me ea e-ba mosebeletsi eo a mo tšepang. A mo beha hore a laole ntlo ea hae le lintho tsohle tsa hae. 5 Ho tloha nakong eo ka eona a mo behileng hore a laole ntlo ea hae le lintho tsohle tsa hae, Jehova a ’na a hlohonolofatsa ntlo ea Moegepeta eo ka lebaka la Josefa ’me Jehova a hlohonolofatsa lintho tsohle tseo Moegepeta eo a nang le tsona ka tlung le naheng.+ 6 Qetellong a tlohela lintho tsohle matsohong a Josefa ’me o ne a sa tšoenyehe ka letho haese ka lijo tseo a li jang. Josefa o ne a e-na le sebopeho se setle a bile a le motle.

7 Mosali oa mong’a hae a khahloa ke eena ’me a re: “Robala le ’na.” 8 Empa a hana ’me a re ho mosali oa mong’a hae: “Mong’a ka ha a tšoenyehe ka letho ha ke le teng ka tlung ’me o mpehile hore ke hlokomele lintho tsohle tseo a nang le tsona. 9 Ha ho e moholo ho mpheta* ka tlung ena ’me ha aa nkhanela ka letho haese ka uena hobane u mosali oa hae. Nka etsa bobe boo bo boholo joang ’me ka fosetsa Molimo?”+

10 Mosali eo o ne a bua le Josefa letsatsi le letsatsi empa ha ho mohla Josefa a ileng a lumela ho robala le eena kapa ho qeta nako le eena. 11 Empa ka letsatsi le leng ha Josefa a kena ka tlung ho ea etsa mosebetsi oa hae, basebeletsi bohle ba ntlo ba ne ba le sieo ka tlung. 12 Mosali eo a mo tšoara ka seaparo ’me a re: “Robala le ’na!” Empa Josefa a siea seaparo sa hae letsohong la hae ’me a balehela ka ntle. 13 Hang ha mosali eo a bona hore Josefa o siile seaparo sa hae letsohong la hae ’me o balehetse ka ntle, 14 a hoeletsa banna ba lelapa la hae a re ho bona: “Bonang! O re tliselitse monna enoa oa Moheberu hore a tl’o re tšehisa ka batho. O tlile ho ’na ho tla robala le ’na empa ka hoeletsa. 15 Hang ha a utloa ke hoeletsa, a siea seaparo sa hae pel’a ka eaba o balehela ka ntle.” 16 A beha seaparo sa Josefa pel’a hae ho fihlela mong’a hae a tla ka tlung.

17 A mo bolella se tšoanang a re: “Mohlanka oa Moheberu eo u re tliselitseng eena o tlile ho ’na ho tla ntšehisa ka batho. 18 Empa hang ha ke hoeletsa, o ile a siea seaparo sa hae pel’a ka eaba o balehela ka ntle.” 19 Mong’a hae a halefa hang ha a utloa mosali oa hae a re: “Mohlanka oa hao o nkentse tjena.” 20 Mong’a Josefa a mo isa teronkong moo batšoaruoa ba morena ba neng ba koalloa teng ’me a lula moo teronkong.+

21 Jehova a ’na a ba le Josefa ’me a ba mosa* ho eena, a etsa hore molaoli ea ka sehloohong oa teronko a mo rate.+ 22 Molaoli ea ka sehloohong oa teronko a etsa Josefa mookameli oa batšoaruoa bohle ba ka teronkong ’me ba ne ba etsa sohle seo a reng ba se etse.+ 23 Molaoli ea ka sehloohong oa teronko o ne a sa tšoenyehe ka letho le neng le le taolong ea Josefa. Jehova o ne a e-na le Josefa ’me Jehova a atlehisa lintho tsohle tseo a li etsang.+

40 Mookameli oa baqhatsetsi+ ba morena oa Egepeta le mookameli oa baapehi* ba fosetsa Faro morena oa bona. 2 A halefela basebeletsi ba hae, e leng mookameli oa baqhatsetsi le mookameli oa baapehi+ 3 eaba o ba koalla teronkong, ntlong ea mookameli oa balebeli,+ moo Josefa e neng e le motšoaruoa teng.+ 4 Mookameli oa balebeli a laela Josefa hore a ba hlokomele+ ’me ba qeta nako e itseng* ba le teronkong.

5 Moqhatsetsi le moapehi oa morena oa Egepeta, ba neng ba koalletsoe teronkong ba ile ba lora bosiu ’me toro ea e mong le e mong e ne e e-na le seo e se bolelang. 6 Hoseng ha letsatsi le hlahlamang ha Josefa a ba bona, ba ne ba shebahala ba nyahame. 7 A botsa basebeletsi ba Faro bao a neng a koalletsoe le bona ka tlung ea mong’a hae a re: “Ke hobane’ng ha le bonahala le nyahame kajeno?” 8 Ba re ho eena: “Re lorile empa ha re na motho ea re hlalosetsang litoro tsa rona.” Josefa a re ho bona: “Na litlhaloso ha se tsa Molimo?+ Ke kopa le mpolelle tsona.”

9 Mookameli oa baqhatsetsi a bolella Josefa toro ea hae a re: “Torong ea ka ho ne ho e-na le sefate sa morara ka pel’a ka. 10 Sefateng sa morara ho ne ho e-na le makala a mararo ’me ha se hlahisa lithunthung ha hlaha morara o butsoitseng. 11 Ke ne ke tšoere kopi ea Faro eaba ke nka morara ke o tlhotlela ka har’a eona. Ka mor’a moo ka fa Faro kopi eo.” 12 Josefa a re ho eena: “Tlhaloso ea eona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo. 13 Ka mor’a matsatsi a mararo ho tloha hona joale, Faro o tla u ntša* teronkong a u khutlisetse boemong ba hao+ ’me u tla fa Faro kopi feela joalokaha u ne u etsa ha u ne u le moqhatsetsi oa hae.+ 14 U nkhopole ha lintho li u tsamaela hantle. Ke kopa u nkhauhele* ’me u bue ka ’na ho Faro e le hore ke tle ke tsoe sebakeng sena. 15 Ha e le hantle, ke koetetsoe naheng ea Baheberu+ ebile ha kea etsa letho le etsang hore ebe ke kentsoe teronkong.”*+

16 Ha mookameli oa baapehi a utloa hore tlhaloso ea toro ea thabisa a re ho Josefa: “Le ’na ke lorile ’me ho ne ho e-na le libaskete tse tharo tsa bohobe bo bosoeu holim’a hlooho ea ka. 17 Basketeng e ka holimo ho ne ho e-na le lintho tsa mefuta-futa tse baketsoeng Faro ’me ho ne ho e-na le linonyana tse li jang ka har’a baskete e holim’a hlooho ea ka.” 18 Josefa a re: “Tlhaloso ea eona ke ena: Libaskete tse tharo ke matsatsi a mararo. 19 Ka mor’a matsatsi a mararo ho tloha hona joale, Faro o tla u khaola hlooho a u fanyehe thupeng ’me linonyana li tla ja nama ea hao.”+

20 Letsatsi la boraro e ne e le letsatsi la tsoalo+ la Faro. A etsetsa bahlanka bohle ba hae mokete ’me a tlisa* mookameli oa baqhatsetsi le mookameli oa baapehi moo bahlanka ba hae ba ntseng ba bona. 21 A khutlisetsa mookameli oa baqhatsetsi mosebetsing oa hae oa ho ba moqhatsetsi ’me a tsoela pele ho fa Faro kopi. 22 Empa a fanyeha mookameli oa baapehi feela joalokaha Josefa a ba hlaloselitse.+ 23 Empa mookameli oa baqhatsetsi o ile a lebala Josefa.+

41 Qetellong ea lilemo tse peli Faro a lora+ a eme pel’a Noka ea Nile. 2 Nokeng eo ho ne ho nyoloha likhomo tse supileng tse ntle tse nonneng ’me li ne li fula pel’a noka.+ 3 Ho ne ho e-na le likhomo tse ling tse supileng tse mpe tse otileng, tse nyolohang Nokeng ea Nile ka mor’a tsona ’me tsa ema pel’a likhomo tse nonneng lebopong la noka. 4 Likhomo tse mpe tse otileng tsa ja likhomo tse supileng tse ntle tse nonneng. Ka mor’a moo Faro a tsoha.

5 A robala hape ’me a ba le toro ea bobeli. Ho ne ho e-na le liqoapi tse supileng tsa koro* lehlakeng le le leng, li le ntle ebile li le tenya.+ 6 Ka mor’a tsona ha hlaha liqoapi tse supileng tsa koro, tse tšesaane ebile li chesitsoe ke moea oa bochabela. 7 Liqoapi tse tšesaane tsa koro tsa koenya liqoapi tse supileng tse ntle tse tenya. Faro a tsoha ’me a hlokomela hore o ne a ntse a lora.

8 Empa hoseng a tšoenyeha. A bitsa baprista bohle ba Egepeta ba sebelisang boselamose le banna bohle ba bohlale. Faro a ba bolella litoro tsa hae empa ho ne ho se na ea khonang ho mo hlalosetsa tsona.

9 Mookameli oa baqhatsetsi a bua le Faro a re: “Kajeno ke ipolela libe. 10 Faro o ne a halefetse bahlanka ba hae, ’na le mookameli oa baapehi. A re kenya teronkong ea ntlo ea mookameli oa balebeli.+ 11 Ka bobeli ba rona ra lora bosiu. Litoro tsa rona li ne li e-na le seo li se bolelang.+ 12 Re ne re e-na le mohlankana oa Moheberu e leng mosebeletsi oa mookameli oa balebeli.+ Re ile ra mo bolella litoro tsa rona+ eaba o re hlalosetsa tsona. 13 Ho ile ha etsahala feela joalokaha a ne a re hlaloselitse. Ke ile ka khutlisetsoa boemong ba ka empa mookameli oa baapehi o ile a fanyehoa.”+

14 Faro a re Josefa a bitsoe+ eaba ka potlako ba mo lata teronkong.*+ A kuta moriri le litelu ’me a apara liaparo tse ling eaba o ea ho Faro. 15 Faro a re ho Josefa: “Ke lorile toro empa ha ho na motho ea khonang ho e hlalosa. Ke utloile ho thoe ha u utloile toro u khona ho e hlalosa.”+ 16 Josefa a re ho Faro: “Molimo ke eena ea tla u hlalosetsa toro ea hao eseng ’na.”+

17 Faro a re ho Josefa: “Torong ea ka ke ne ke eme lebopong la Noka ea Nile. 18 Nokeng eo, ho ne ho nyoloha likhomo tse supileng tse ntle tse nonneng eaba li fula Nokeng ea Nile.+ 19 Ka mor’a tsona ho ne ho nyoloha likhomo tse ling tse supileng, tse mpe tse otileng. Ha ke e-s’o ka ke bona likhomo tse mpe joaloka tsona naheng eohle ea Egepeta. 20 Likhomo tse mpe tse otileng tsa ja likhomo tse supileng tse nonneng. 21 Empa ha li se li li jele, ho ne ho sa bonahale hore li li jele hobane li ne li ntse li le mpe joaloka pele eaba kea phaphama.

22 Ka mor’a moo, torong ea ka ka bona liqoapi tse supileng tsa koro li hlaha lehlakeng le le leng, li le ntle ebile li le tenya.+ 23 Ka mor’a tsona ha hlaha liqoapi tsa koro tse supileng tse omeletseng, tse tšesaane ebile li chesitsoe ke moea oa bochabela. 24 Liqoapi tsa koro tse tšesaane tsa koenya tse supileng tse tenya. Ka bolella baprista ba sebelisang boselamose toro ea ka+ empa ha ho na ea ileng a khona ho ntlhalosetsa eona.”+

25 Josefa a re ho Faro: “Litoro tsa Faro li bolela ntho e le ’ngoe. Molimo oa ’nete o boleletse Faro seo a tla se etsa.+ 26 Likhomo tse supileng tse ntle ke lilemo tse supileng. Liqoapi tse supileng tsa koro tse ntle le tsona ke lilemo tse supileng. Litoro tsena li bolela ntho e le ’ngoe. 27 Likhomo tse supileng tse mpe tse otileng, tse nyolohileng ka mor’a tsona ke lilemo tse supileng. Liqoapi tse supileng tsa koro tse se nang letho, tse chesitsoeng ke moea oa bochabela, ke lilemo tse supileng tsa tlala. 28 Ena ke ntho eo ke e bolelletseng Faro: Molimo oa ’nete o bontšitse Faro seo a tla se etsa.

29 Ho tla ba le lilemo tse supileng tsa khora naheng eohle ea Egepeta. 30 Empa ka mor’a tsona ho tla latela lilemo tse supileng tsa tlala, khora eohle ea naha ea Egepeta e tla lebaloa. Ho tla ba le tlala e kholo naheng.+ 31 Khora e kileng ea e-ba teng naheng e ke ke ea hopoloa ka lebaka la tlala e tla latela hobane e tla ba kholo haholo. 32 Faro o bile le toro ena habeli hobane Molimo oa ’nete o entse qeto e tiileng ea hore o tla etsa lintho tsena tsohle ’me haufinyane o tla phethahatsa toro ena.

33 Faro a ke a batle monna ea bohlale le ea nang le kutloisiso ’me a mo behe hore a okamele naha ea Egepeta. 34 Faro a ke a khethe balebeli naheng ’me a nke mokotla o le mong ho e mehlano ea lihlahisoa tsa naha ea Egepeta nakong ea lilemo tse supileng tsa khora.+ 35 Ba ke ba bokelle lijo tsohle nakong ea lilemo tsena tsa khora tse tlang ’me ba bokelle koro ho ea ka taelo ea Faro, ba li behe metseng ’me ba li sireletse.+ 36 Lijo tseo li bolokeloe lilemo tse supileng tsa tlala e tla ba teng naheng ea Egepeta e le hore naha e se ke ea bolaoa ke tlala.”+

37 Faro le bahlanka bohle ba hae ba thabela keletso ena. 38 Faro a re ho bahlanka ba hae: “Na ho na le monna e mong ea joaloka enoa, eo moea o halalelang oa Molimo o leng ho eena?” 39 Faro a re ho Josefa: “Kaha Molimo o u tsebisitse lintho tsena tsohle, ha ho motho ea bohlale le ea nang le kutloisiso joaloka uena. 40 U tla okamela ntlo ea ka ’me batho bohle ba ka ba tla u mamela.+ Ke ’na feela ea tla ba moholo ho uena hobane ke morena.” 41 Faro a re ho Josefa: “Ke u beha hore u laole naha eohle ea Egepeta.”+ 42 Faro a ntša reng e tempang monoaneng* oa hae a e kenya monoaneng* oa Josefa. A mo apesa liaparo tsa line ea boleng bo botle eaba o mo roesa sefaha sa khauta molaleng. 43 A mo palamisa kariking ea hae ea bobeli e hlomphehang ’me batho ba ne ba hoeletsa ka pel’a hae ba re: “Avrekh!”* A mo beha hore a laole naha eohle ea Egepeta.

44 Faro a re ho Josefa: “Le hoja ke le Faro, ha ho motho ea tla etsa letho* naheng eohle ea Egepeta ntle ho tumello ea hao.”+ 45 Ka mor’a moo, Faro a reha Josefa Zafnathe-panea ’me a mo fa Asnathe+ morali oa Potifera moprista oa One* hore e be mosali oa hae. Josefa a hlokomela naha ea Egepeta.+ 46 Josefa o ne a le lilemo li 30+ ha a qala ho sebeletsa Faro morena oa Egepeta.

Josefa a tloha ka pel’a Faro ’me a tsamaea naha eohle ea Egepeta. 47 Nakong ea lilemo tse supileng tsa khora, naha e ile ea e-ba le lijo tse ngata. 48 Josefa a bokella lijo tsohle tsa lilemo tseo tse supileng, tse neng li le teng naheng ea Egepeta ’me a li bokella metseng. Motseng o mong le o mong o ne a bokella lijo tse tsoang masimong. 49 Josefa a bokella lijo* tse ngata joaloka lehlabathe la leoatle, ho fihlela ba tlohela ho li bala hobane li ne li se li le ngata haholo.

50 Pele selemo sa tlala se fihla, Josefa a ba le bara ba babeli,+ bao a bileng le bona le Asnathe morali oa Potifera moprista oa One.* 51 Josefa a reha mora oa hae oa letsibolo Manase*+ hobane o ile a re: “Molimo o ntebalitse mathata ’ohle a ka le ntlo ea Ntate.” 52 Mora oa bobeli a mo reha Efraime*+ hobane o ile a re: “Molimo o mphile bana naheng ea matšoenyeho a ka.”+

53 Lilemo tse supileng tsa khora tsa fela naheng ea Egepeta+ 54 eaba ho latela lilemo tse supileng tsa tlala joalokaha Josefa a boletse.+ Tlala ea e-ba teng linaheng tsohle empa naheng ea Egepeta ho ne ho e-na le lijo.*+ 55 Qetellong naha ea Egepeta le eona ea apareloa ke tlala ’me batho ba qala ho llela lijo ho Faro.+ A re ho Baegepeta bohle: “E-eang ho Josefa ’me le etse sohle seo a le bolellang sona.”+ 56 Tlala ea tsoela pele ho ba teng lefatšeng lohle.+ Josefa a ntša koro eo a e bokelletseng ’me a e rekisetsa Baegepeta+ kaha tlala e ne e le kholo naheng ea Egepeta. 57 Batho ba lefatše lohle ba tla Egepeta ho tla reka lijo ho Josefa hobane tlala e ne e le kholo lefatšeng lohle.+

42 Ha Jakobo a utloa hore ho na le koro* Egepeta,+ a re ho bara ba hae: “Ke hobane’ng ha le ntse le shebana feela?” 2 A boela a re: “Ke utloile hore ho na le koro Egepeta. Tsamaeang le e’o e reka e le hore re se ke ra shoa ke tlala.”+ 3 Bana ba bo Josefa ba leshome+ ba ea Egepeta ho ea reka koro. 4 Empa Jakobo a re Benjamine+ ngoan’abo Josefa a se ke a tsamaea le bona hobane o ile a re: “A ka tloha a hlaheloa ke kotsi ebe oa shoa.”+

5 Bara ba Iseraele ba tla le batho ba bang ba neng ba tl’o reka lijo hobane le Kanana ho ne ho e-na le tlala.+ 6 Josefa e ne e le eena ea busang naha+ hape e ne e le eena ea rekisetsang lefatše lohle koro.+ Bana babo ba tla ’me ba khumama* ka pel’a hae.+ 7 Hang-hang ha Josefa a ba bona, a tseba hore ke bana babo empa a etsa hore ba se ke ba bona hore ke eena.+ A ba buisa hampe a re: “Le tsoa hokae?” Ba re: “Re tsoa naheng ea Kanana re tlil’o reka lijo.”+

8 Josefa a bona hore ke bana babo empa bona ba ne ba sa mo tsebe. 9 Josefa a hopola litoro tseo a ileng a li lora ka bona+ eaba o re ho bona: “Le lihloela! Le tl’o sheba hore na naha ea rona e fokola hokae!” 10 Ba re ho eena: “Che, morena, re tl’o reka lijo. 11 Kaofela re bana ba motho. Re banna ba tšepahalang. Ha re lihloela.” 12 Empa a re ho bona: “Ha le bue ’nete! Le tl’o sheba hore na naha ea rona e fokola hokae!” 13 Ba re: “Re bana ba motho+ ba 12+ naheng ea Kanana. E monyenyane o na le Ntate+ ’me e mong eena ha a sa le eo.”+

14 Empa Josefa a re ho bona: “Le lihloela joalokaha ke buile! 15 Ke tla bona hore na le bua ’nete: Ke hlapanya ka Faro hore le ke ke la tloha mona ho fihlela ngoan’abo lona e monyenyane a tla.+ 16 Romang e mong oa lona hore a tle le ngoan’abo lona ha le ntse le tšoeroe e le hore ho tle ho bonahale hore na le bua ’nete. Haeba le sa tle le eena, ke hlapanya ka Faro hore le lihloela.” 17 A ba koalla ka matsatsi a mararo.

18 Letsatsing la boraro Josefa a re ho bona: “Etsang tjena e le hore le phele hobane ke tšaba Molimo. 19 Haeba le banna ba tšepahalang, lumellang a le mong oa bana ba bo lona a ’ne a lule a koalletsoe ka tlung ea botlamuoa empa lona ba bang le ka tsamaea ’me le nke koro e le hore le fokotse tlala e matlong a lona.+ 20 Le ntlisetse ngoan’abo lona e monyenyane e le hore ho tle ho bonahale hore le bua ’nete ’me le ke ke la shoa.” Ba lumela ho etsa joalo.

21 Ba buisana ba re: “Re ahloloa ka lebaka la ngoan’abo rona+ hobane re bone kamoo a neng a utloile bohloko kateng ha a ne a kopa hore re mo qenehele empa ha rea ka ra mamela. Ke ka lebaka leo re hlahetsoeng ke tlokotsi ena.” 22 Rubene a re: “Na ha kea re le se ke la etsa ngoana hampe? Empa ha lea ka la ’mamela.+ Joale re ikarabella ho Molimo ka seo re se entseng.”*+ 23 Empa ba ne ba sa tsebe hore Josefa oa ba utloa kaha ho ne ho e-ba le mofetoleli ha a bua le bona. 24 A ba furalla ’me a lla.+ Ha a khutla a tl’o bua le bona hape, a nka Simeone+ eaba o mo tlama ba ntse ba shebile.+ 25 Josefa a re ho tlatsoe koro ka mekotleng ea bona le hore ba khutlisetsoe chelete ea bona. Hape a re ba fuoe mofaho bakeng sa tsela. Ba ile ba fela ba etsa joalo.

26 Ba palamisa mekotla ea lijo* litonking tsa bona ’me ba tsamaea. 27 Ha ba le sebakeng sa ho robala, e mong oa bona a bula mokotla oa hae hore a fe tonki ea hae furu ’me a bona chelete ea hae ka mokotleng. 28 A re ho bana babo: “Chelete ea ka e khutlisitsoe, ke ena ka mokotleng.” Ba tšoha ’me ba shebana ba thothomela ba re: “Molimo o re ahlolela’ng?”

29 Ha ba fihla ho ntate oa bona Jakobo naheng ea Kanana, ba mo bolella lintho tsohle tse ba hlahetseng, ba re: 30 “Morena oa naha eo o buile le rona hampe+ a ba a re qosa ka hore re lihloela. 31 Empa re itse ho eena, ‘Re banna ba tšepahalang. Ha re lihloela.+ 32 Re bara ba motho ba 12,+ ntate oa rona o mong. E mong ha a sa le eo+ ’me hona joale e monyenyane o na le Ntate naheng ea Kanana.’+ 33 Empa morena oa naha o itse ho rona, ‘Hore ke tle ke tsebe hore lea tšepahala, sieang e mong oa bana ba bo lona.+ Le nke ho hong e le hore ho be le lijo matlong a lona ’me le tsamaee.+ 34 Le ntlisetse ngoan’abo lona e monyenyane e le hore ke tle ke tsebe hore ha le lihloela empa le banna ba tšepahalang. Ka mor’a moo, ke tla khutlisa ngoan’abo lona ’me le reke lintho tseo le li hlokang naheng ena.’”

35 Ha ba ntse ba ntša lintho ka mekotleng ea bona, kaofela ba fumana ho e-na le mokotla oa chelete. Ha ba e bona le ntate oa bona a e bona, ba tšoha. 36 Ntate oa bona Jakobo a re ho bona ka pelo e bohloko: “Le nkamohile bana.+ Josefa ha a sa le eo,+ Simeone ha a sa le eo,+ joale le tl’o nka le Benjamine! Ke hobane’ng ha ke hlaheloa ke lintho tsee?” 37 Empa Rubene a re ho ntate oa hae: “U bolaee bara ba ka ba babeli haeba ke sa mo khutlisetse ho uena.+ Ke tla mo hlokomela ’me ke mo khutlisetse ho uena.”+ 38 Jakobo a re: “Mora oa ka a ke ke a tsamaea le lona hobane abuti oa hae o shoele ’me o setse a le mong.+ Haeba a ka hlaheloa ke kotsi tseleng ebe oa shoa, le tla theolela moriri oa ka o moputsoa Lebitleng*+ ka pelo e bohloko.”+

43 Ho ne ho e-na le tlala e kholo naheng.+ 2 Ha lijo* tseo ba tlileng le tsona Egepeta li se li felile,+ ntate oa bona a re ho bona: “Khutlelang Egepeta ’me le re rekele lijonyana.” 3 Juda a re ho eena: “Monna eo o itse re se ke ra khutlela ho eena ntle le haeba re ka tla le Benjamine.+ 4 Haeba u re lumella hore re tsamaee le eena, re tla e’o u rekela lijo. 5 Empa haeba u sa re lumelle ho tsamaea le eena, re ke ke ra ea hobane monna eo o itse ho rona, ‘Le se ke la khutlela ho ’na ntle le haeba le tla le ngoan’abo lona.’”+ 6 Iseraele+ a re: “Ke hobane’ng ha le ntliselitse mathata aa ka ho bolella monna eo hore le na le ngoan’abo lona e mong?” 7 Ba re: “Monna eo o botsitse ka rona le ka ba leloko a re, ‘Na ntate oa lona o ntse a phela? Na le na le ngoan’abo lona e mong?’ Re ile ra mo bolella ’nete.+ Re ne re sa tsebe hore o tla re, ‘Tloong le ngoan’abo lona.’”+

8 Juda a phehella ntate oa hae Iseraele a re: “Ntumelle hore ke tsamaee le Benjamine+ e le hore rona, uena le bana ba rona+ re se ke ra shoa.+ 9 Ke tla etsa bonnete ba hore o sireletsehile.+ Ke ’na ea tla ikarabella ka eena. Haeba ke hloleha ho mo khutlisetsa ho uena, ke tla ba molato ka ho sa feleng. 10 Empa haeba re ne re sa lieha, hona joale re ka be re khutletse moo ka makhetlo a mabeli.”

11 Ntate oa bona Iseraele a re: “Tšelang lihlahisoa tsa boleng bo botle ka mekotleng ea lona ’me le li ise ho monna eo e le mpho:+ balsame e nyenyane,+ mahe a linotši a manyenyane, labdaname, makhapetla a nang le boroku* ba sefate,+ linate tsa pistachio* le lialmonde. 12 Khutlisang chelete e ileng ea kenngoa ka mekotleng ea lona+ ’me le nke le e ’ngoe e lekanang le eona. Mohlomong e ne e le phoso. 13 Tsamaeang le ngoan’abo lona ’me le khutlele ho monna eo. 14 E se eka Molimo Ea Matla ’Ohle a ka etsa hore monna eo a le hauhele e le hore a le lokollele Simeone le Benjamine. Empa haeba ke tla amohuoa bana ba ka,+ ho lokile.”

15 Banna bao ba nka mpho ena ’me ba tsamaea le Benjamine ba nkile chelete e neng e le ka mekotleng ea bona le e ’ngoe e lekanang le eona. Ba ea Egepeta ’me ba boela ba ema ka pel’a Josefa.+ 16 Ha Josefa a bona ba e-na le Benjamine, hang-hang a re ho monna ea okametseng ntlo ea hae: “Isa banna bana ka tlung, u hlabe liphoofolo ’me u phehe lijo hobane ba tla ja le ’na motšehare.” 17 Ka potlako monna eo a etsa seo Josefa a se boletseng+ eaba o ba isa ntlong ea Josefa. 18 Empa banna bao ba tšoha ha ba isoa ntlong ea Josefa ba re: “Re mona ka lebaka la chelete e ileng ea khutlisetsoa ka mekotleng ea rona ha re ne re le mona ka lekhetlo la pele. Ba tla re hlasela, ba re etse makhoba ’me ba nke le litonki tsa rona.”+

19 Ba atamela monna ea okametseng ntlo ea Josefa eaba ba bua le eena ba eme monyakong oa ntlo. 20 Ba re: “Re tšoarele morena. Re ile ra tla mona ka lekhetlo la pele ha re tl’o reka lijo.+ 21 Empa ha re fihla sebakeng sa ho robala ’me re bula mekotla ea rona, re ile ra hlokomela hore kaofela re ne re e-na le chelete e felletseng ka mekotleng ea rona.+ Ke ena re e khutlisitse 22 hobane ha re tsebe hore na ke mang ea e kentseng ka mekotleng ea rona.+ Re tlile le chelete e ’ngoe ho tla reka lijo.” 23 A re: “Ho lokile. Le se ke la tšoha. Molimo oa lona le Molimo oa ntate oa lona ke eena ea kentseng chelete* eo ka mekotleng ea lona. Kea tseba hore le patetse.” A tlisa Simeone ho bona.+

24 Monna eo a ba tlisa ka tlung ea Josefa ’me a ba fa metsi hore ba hlatsoe maoto a bona, a ba a fa litonki tsa bona furu. 25 Ba ne ba utloile hore Josefa oa tla motšehare le hore o tl’o ja le bona moo.+ Ba mo lokisetsa mpho.+ 26 Ha Josefa a kena ka tlung, ba mo tlisetsa mpho ea bona ’me ba khumama* ka pel’a hae.+ 27 Ka mor’a moo, a ba botsa hore na ba ntse ba ea hantle eaba o re: “Ntate oa lona ea seng a holile eo le buileng ka eena o ntse a ea joang? Na o ntse a phela?”+ 28 Ba re: “Morena, ntate oa rona o ntse a phela ebile o ntse a ea hantle.” Ba khumama ka pel’a hae.+

29 Ha a bona Benjamine ngoan’abo, mora oa ’mè oa hae+ a re: “Na enoa ke eena ngoan’abo lona e monyenyane eo le mpoleletseng ka eena?”+ A re ho Benjamine: “E se eka Molimo a ka u hauhela mora oa ka.” 30 Josefa a tsoa a potlakile hobane maikutlo a hae a ne a phahame ka lebaka la ngoan’abo. A ea kamoreng e ’ngoe ’me a llela teng.+ 31 Ha maikutlo a hae a se a kokobetse, a hlapa sefahleho ’me a khutla eaba o re: “Tšelang lijo.” 32 Ba mo ngoathela a le mong le bona ba ingoathela ba le bang, le Baegepeta ba nang le eena ba ja ba le bang hobane Baegepeta ba ne ba nka e le ntho e mpe ka ho fetisisa ho ja le Baheberu.+

33 Bana babo ba ne ba lutse ka pel’a hae, ho tloha ka e moholo ho ea ka tokelo ea hae ea letsibolo+ ho fihlela ho e monyenyane ’me ba ’na ba shebana ka ho makala. 34 A ’na a ba neheletsa lijo tse tsoang tafoleng ea hae a li fetisetsa tafoleng ea bona empa a fa Benjamine lijo tse fetang tsa ba bang ka makhetlo a mahlano.+ Ba keteka le ho noa le eena ho fihlela ba khotsofala.

44 Josefa a re ho monna ea neng a okametse ntlo ea hae: “Tlatsa mekotla ea banna bao ka lijo tse ngata tseo ba ka khonang ho li jara ’me u kenye lichelete tsa bona ka mekotleng.+ 2 Empa u kenye kopi ea ka ea silevera ka mokotleng oa e monyenyane le chelete ea hae ea koro.”* A etsa seo Josefa a mo laetseng sona.

3 Hoseng ha ho se ho khanya, banna bao ba tsamaea le litonki tsa bona. 4 Ba ne ba e-s’o ee hole le motse ha Josefa a re ho monna ea okametseng ntlo ea hae: “Lelekisa banna bao. Ha u fihla ho bona u re, ‘Ke hobane’ng ha le khutlisetsa botle ka bobe? 5 Ke hobane’ng ha le nkile kopi eo mong’a ka a noellang ho eona, eo a e sebelisetsang ho hlalosa bokamoso? Le entse ntho e mpe haholo.’”

6 A fihla ho bona ’me a ba bolella mantsoe ao. 7 Empa ba re ho eena: “Ke hobane’ng ha morena a bua mantsoe aa? Bahlanka ba hao ba ke ke ba etsa ntho e joalo. 8 Chelete eo re e fumaneng ka mekotleng ea rona re e khutliselitse ho uena ha re tsoa naheng ea Kanana.+ Ke joang re ka utsoang silevera kapa khauta ka tlung ea mong’a hao? 9 Haeba e fumanoa ho e mong oa rona, a ke a bolaoe ’me le rona re tla ba makhoba a hao.” 10 Monna eo a re: “Ho lokile. Motho eo kopi e tla fumanoa ho eena e tla ba lekhoba la ka empa lona ba bang le tla be le se na molato.” 11 Kaofela ba theola mekotla ’me ba e bula. 12 A sheba ka mekotleng ea bona. A qala ka oa e moholo ’me a qetella ka oa e monyenyane. Qetellong kopi ea fumanoa ka mokotleng oa Benjamine.+

13 Ba tabola liaparo tsa bona ’me ba palamisa mekotla ea bona litonking eaba ba khutlela motseng. 14 Juda+ le bana babo ba fumana Josefa a ntse a le teng ka tlung eaba ba khumama* ka pel’a hae.+ 15 Josefa a re ho bona: “Le entse’ng? Na le ne le sa tsebe hore motho ea tšoanang le ’na a ka hlalosa bokamoso?”+ 16 Juda a re: “Re ka re’ng ho mong’a rona? Re ka paka joang hore ha re na molato? Molimo oa ’nete o fumane phoso ea rona.+ Kaofela ha rona re makhoba a hao.” 17 Josefa a re: “Nke ke ka etsa ntho e joalo! Motho eo kopi e fumanoeng ho eena ke eena eo e tla ba lekhoba la ka.+ Ha e le lona ba bang, e-eang ho ntate oa lona ka khotso.”

18 Juda a mo atamela ’me a re: “Kea u kopa hle mong’a ka, e-re ke bue le uena ’me u se ke oa nkhalefela hobane u na le matla a tšoanang le a Faro.+ 19 U ile oa re botsa oa re, ‘Na le na le ntate kapa ngoan’abo lona?’ 20 Ra re, ‘Re na le ntate ea holileng le ngoan’abo rona e monyenyane+ ea hlahileng Ntate a se a tsofetse empa ngoan’abo o shoele.+ Kahoo, ke eena feela mora ea setseng oa ’mè oa hae+ ’me Ntate ha a batle letho ka eena.’ 21 Ka mor’a moo oa re ho rona, ‘Mo tliseng ho ’na e le hore ke tle ke mo bone.’+ 22 Empa ra re ho uena, ‘Ngoan’abo rona e monyenyane ha a khone ho siea Ntate. Ha a ka mo siea, Ntate o tla shoa.’+ 23 U ile oa re, ‘Le se ke la khutlela ho ’na ntle le haeba le tla le ngoan’abo lona.’+

24 Ra ea ho ntate oa rona eaba re mo bolella seo u se buileng. 25 Ntate o ile a re, ‘Khutlang, le e’o re rekela lijonyana.’+ 26 Empa ra re, ‘Ha re khone ho ea. Re tla ea haeba ngoan’abo rona e monyenyane a e-na le rona hobane re ke ke ra khutlela ho monna eo haeba a le sieo.’+ 27 Ntate oa rona a re, ‘Le tseba hantle hore mosali oa ka o ntsoalletse bara ba babeli feela.+ 28 Empa e mong o ntšiile ’me ke ile ka re: “E tlameha ebe o bolailoe* ke phoofolo e hlaha”+ ’me ha ke e-s’o mo bone ho fihlela hona joale. 29 Haeba le ka nkamoha le enoa ’me a hlaheloa ke kotsi tseleng ebe oa shoa, le tla theolela moriri oa ka o moputsoa Lebitleng*+ ka pelo e bohloko.’+

30 Ntate o rata ngoan’eso e monyenyane haholo. Haeba ke khutlela ho eena a le sieo, 31 hang feela ha a bona a le sieo o tla shoa ’me re tla theolela moriri oa ntate oa rona o moputsoa Lebitleng* ka pelo e bohloko. 32 Ke ikanne ho ntate oa ka hore haeba ke hloleha ho khutlisetsa ngoan’abo rona e monyenyane ho eena, ke tla be ke mo foselitse.+ 33 Ke kopa u ntumelle hore ke sale, ke be lekhoba la hao eseng ngoan’eso e monyenyane e le hore a ka khutla le bana babo. 34 Nka khutlela ho ntate oa ka joang ngoan’eso e monyenyane a le sieo? Ha ke batle ho bona Ntate a utloile bohloko.”

45 Josefa o ne a e-na le basebeletsi bohle ba hae ha a hloleha ho itšoara.+ A hoeletsa a re: “E-reng batho kaofela ba tsoe!” Ha Josefa a itsebisa bana babo, batho bohle ba ne ba se ba tsoile.+

2 A lla haholo hoo Baegepeta le ba lelapa la Faro ba ileng ba utloa. 3 Josefa a re ho bana babo: “Ke ’na Josefa. Na Ntate o ntse a phela?” Empa bana babo ba ne ba sa khone ho mo araba hobane ba ne ba maketse. 4 Josefa a re ho bona: “Ke kopa le atamele.” Eaba baa atamela.

A re: “Ke ’na ngoan’abo lona Josefa eo le mo rekisitseng Egepeta.+ 5 Empa le se ke la utloa bohloko ’me le se ke la qabana hobane le ile la nthekisa. Molimo o nthometse mona e le hore a re boloke re phela.+ 6 Sena ke selemo sa bobeli sa tlala+ ’me ho sa ntse ho e-na le lilemo tse ling tse hlano tseo ka tsona ho ke keng ha lengoa kapa ha kotuloa. 7 Empa Molimo o nthometse mona e le hore a le bolokele litloholo*+ le hore a le boloke le phela ka ho le pholosa ka tsela e makatsang. 8 Ha se lona ba nthometseng mona empa ke Molimo oa ’nete e le hore a nketse moeletsi ea ka sehloohong* oa Faro le morena oa lelapa lohle la hae le molaoli naheng eohle ea Egepeta.+

9 Khutlelang ho Ntate ka potlako le re ho eena, ‘Mora oa hao Josefa o itse: “Molimo o mpehile hore ke be morena oa Egepeta eohle.+ Tloo ho ’na. U se ke oa lieha.+ 10 U lule naheng ea Goshene+ moo u tla ba haufi le ’na, uena, bara ba hao, litloholo tsa hao, liphoofolo tsohle tsa hao le lintho tsohle tseo u nang le tsona. 11 Ke tla u fa lijo u le moo kaha ho sa ntse ho e-na le lilemo tse ling tse hlano tsa tlala.+ Ho seng joalo, uena le ba lelapa la hao le tla futsaneha ’me le lahleheloe ke lintho tsohle.”’ 12 Lona le ngoan’eso Benjamine lea bona hore kannete ke ’na ea buang le lona.+ 13 Le bolelle Ntate ka matla ao ke nang le ’ona Egepeta le ka lintho tsohle tseo le li boneng. Potlakang ’me le tlise Ntate mona.”

14 A haka* Benjamine eaba oa lla. Benjamine le eena a mo haka a ntse a lla.+ 15 A suna* bana babo kaofela a ba a ba haka a ntse a lla. Ka mor’a moo, bana babo ba bua le eena.

16 Litaba tse reng bana ba bo Josefa ba teng li ile tsa fihla le ntlong ea Faro. Faro le bahlanka ba hae ba ne ba thabile ha ba li utloa. 17 Faro a re ho Josefa: “E-re bana beno ba palamise lithoto tsa bona litonking* ’me ba ee naheng ea Kanana, 18 ba tle le ntate oa bona le malapa a bona. Ke tla ba fa lintho tse ntle tsa naha ea Egepeta ’me ba tla lula karolong e ntle* ea naha.+ 19 Hape u re+ ba nke likariki+ naheng ea Egepeta ba late bana ba bona le basali ba bona, ba palamise ntate oa bona ho e ’ngoe ea tsona ’me ba tle mona.+ 20 Ba se ke ba tšoenyeha ka lintho tseo ba nang le tsona+ hobane karolo e ntle ea naha eohle ea Egepeta ke ea bona.”

21 Bara ba Iseraele ba etsa seo. Josefa a ba fa likariki joalokaha Faro a laetse ’me a ba fa le mofaho oa tsela. 22 Kaofela a ba fa liaparo tse ncha empa a fa Benjamine liaparo tse hlano tse ncha le likotoana tsa silevera tse 300.+ 23 A romella ntate oa hae litonki tse leshome tse jereng lintho tse ntle tsa Egepeta, litonki tse tšehali tse leshome tse jereng koro,* bohobe le lijo tse ling tseo ntate oa hae a tla li ja tseleng. 24 A re bana babo ba tsamaee eaba o re ho bona: “Le se ke la qabana ha le le tseleng.”+

25 Ba tloha Egepeta ’me ba ea naheng ea Kanana ho ntate oa bona Jakobo. 26 Ba re ho eena: “Josefa o ntse a phela ebile ke eena ea okametseng naha eohle ea Egepeta.”+ Jakobo o ne a sa tsebe hore na a re’ng hobane o ne a sa ba kholoe.+ 27 Ha ba ntse ba mo bolella hore na Josefa o itse’ng ’me a bona le likariki tseo a li rometseng ho tla mo lata, Jakobo a khothala. 28 Iseraele a hoeletsa a re: “Joale kea lumela hore Josefa mora oa ka o ntse a phela! Ke tlameha ho tsamaea ke e’o mo bona pele ke shoa!”+

46 Iseraele a tsamaea le lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona.* Ha a fihla Beersheba+ a etsetsa Molimo oa ntate oa hae Isaka mahlabelo.+ 2 Bosiu Molimo a bua le Iseraele ponong a re: “Jakobo, Jakobo!” Iseraele a re: “Ke ’na enoa!” 3 Molimo a re: “Ke ’na Molimo oa ’nete, Molimo oa ntate oa hao.+ U se ke oa tšaba ho ea Egepeta hobane ke tla u etsa sechaba se seholo moo.+ 4 Ke tla ea le uena Egepeta ’me ke tla boela ke u late teng.+ Josefa ke eena ea tla koala mahlo a hao ha u shoa.”*+

5 Jakobo a tloha Beersheba ’me bara ba Iseraele ba palamisa ntate oa bona, bana le basali ba bona likariking tseo Faro a li rometseng. 6 Ba nka liphoofolo tsa bona le lintho tseo ba li bokelletseng naheng ea Kanana. Jakobo le bana ba hae bohle ba fihla Egepeta. 7 O fihlile Egepeta le lelapa lohle la hae, e leng bara, barali le litloholo tsa hae.

8 Ana ke mabitso a bara ba Iseraele ba ileng ba tla Egepeta:+ Letsibolo la Jakobo e ne e le Rubene.+

9 Bara ba Rubene e ne e le Hanoke, Palu, Hezrone le Karmi.+

10 Bara ba Simeone+ e ne e le Jemuele, Jamine, Ohade, Jakine, Zohare le Shaule+ mora oa mosali oa Mokanana.

11 Bara ba Levi+ e ne e le Gershone, Kohathe le Merari.+

12 Bara ba Juda+ e ne e le Ere, Onane, Shela,+ Pereze+ le Zera.+ Empa Ere le Onane ba ile ba shoella naheng ea Kanana.+

Bara ba Pereze e ne e le Hezrone le Hamule.+

13 Bara ba Isakare e ne e le Thola, Puva, Jobe le Shimrone.+

14 Bara ba Zabulone+ e ne e le Serede, Elone le Jaliele.+

15 Bana ke bara ba Lea, bao a ba tsoalletseng Jakobo a le Padane-arame. O ile a mo tsoalla le morali ea bitsoang Dina.+ Bara le barali bohle ba hae ba ne ba le 33.

16 Bara ba Gade+ e ne e le Zifione, Hagi, Shuni, Ezbone, Eri, Arodi le Areli.+

17 Bara ba Ashere+ e ne e le Imna, Ishva, Ishvi le Beria ’me khaitseli ea bona e le Sera.

Bara ba Beria e ne e le Hebere le Malkiele.+

18 Bana ke bara ba Zilpa,+ eo Labane a ileng a mo fa morali oa hae Lea. Kaofela bana bao Zilpa a ba tsoalletseng Jakobo ba ne ba le 16.

19 Bara ba Ragele mosali oa Jakobo e ne e le Josefa+ le Benjamine.+

20 Asnathe+ morali oa Potifera moprista oa One* o ile a tsoalla Josefa bara, e leng Manase+ le Efraime+ naheng ea Egepeta.

21 Bara ba Benjamine+ e ne e le Bela, Bekere, Ashbele, Gera,+ Naamane, Ehi, Roshe, Mupime, Hupime+ le Arede.+

22 Bana ke bara ba Ragele bao a ba tsoalletseng Jakobo. Kaofela ba ne ba le 14.

23 Mora* oa Dane+ e ne e le Hushime.+

24 Bara ba Nefthali+ e ne e le Jaziele, Guni, Jezere le Shileme.+

25 Bana ke bara ba Bilha, eo Labane a ileng a mo fa morali oa hae Ragele. Bana bohle bao a ileng a ba tsoalla Jakobo ba ne ba supile.

26 Bohle ba tsoang ho Jakobo ba ileng ba ea Egepeta le eena, ho sa baloe lingoetsi tsa Jakobo, ba ne ba le 66.+ 27 Bara ba Josefa bao a ileng a ba tsoalloa Egepeta ba ne ba le babeli. Batho bohle ba lelapa la Jakobo ba ileng ba tla Egepeta ba ne ba le 70.+

28 Jakobo a re Juda+ a e’o bolella Josefa hore o tseleng e tlang Goshene.+ Ha ba fihla naheng eo, 29 Josefa a lokisa kariki ea hae ’me a nyoloha ho ea khahlanyetsa ntate oa hae Iseraele naheng ea Goshene. Ha a fihla ho eena, a mo haka* ’me a lla nako e telele. 30 Iseraele a re ho Josefa: “Leha nka shoa, ke u bone ’me kea tseba hore u ntse u phela.”

31 Josefa a re ho bana babo le ho ba lelapa la ntate oa hae: “E-reng ke ee ho Faro+ ke re ho eena, ‘Bana beso le ba lelapa la Ntate ba neng ba lula naheng ea Kanana ba tlile ho ’na.+ 32 Banna bana ke balisa,+ ba tlile le liphoofolo tsa bona le lintho tsohle tseo ba nang le tsona.’+ 33 Ha Faro a le bitsa ’me a re, ‘Le etsa mosebetsi ofe?’ 34 Le re, ‘Morena haesale re hlokomela liphoofolo ho tloha bocheng ba rona ho fihlela hona joale feela joaloka baholo-holo ba rona.’+ Le bue mantsoe ana e le hore le ka lula naheng ea Goshene+ hobane Baegepeta ba hloile balisa ba linku.”+

47 Josefa a ea ho Faro+ ’me a re: “Ntate le bana beso ba tlile le liphoofolo tsohle le lintho tsohle tseo ba nang le tsona ho tsoa naheng ea Kanana ’me ba Goshene.”+ 2 A isa bana babo ba bahlano ho Faro.+

3 Faro a re ho bona: “Le etsa mosebetsi ofe?” Ba re: “Morena, re balisa ba linku joaloka baholo-holo ba rona.”+ 4 Ba re ho Faro: “Re kopa u re lumelle ho lula Goshene+ re le balichaba+ hobane naheng ea Kanana+ tlala e kholo ’me ha ho na moo liphoofolo tsa rona li ka fulang teng.” 5 Faro a re ho Josefa: “Ntate oa hao le bana beno ba tlile ho uena. 6 Naha ea Egepeta e laoloa ke uena. E-re ntate oa hao le bana beno ba lule Goshene karolong e ntle ea naha.+ Haeba ho e-na le banna ba nang le bokhoni har’a bona, u ba khethe hore ba hlokomele liphoofolo tsa ka.”

7 Josefa a tlisa ntate oa hae Jakobo ho Faro ’me a mo tsebisa eena eaba Jakobo o hlohonolofatsa Faro. 8 Faro a re ho Jakobo: “U lilemo li kae?” 9 Jakobo a re ho Faro: “Ke na le lilemo tse 130 ke le molichaba. Lilemo tsena ha li ngata ebile li tletse matšoenyeho+ ha li bapisoa le tsa baholo-holo ba ka ha e ntse e le balichaba.”+ 10 Jakobo a hlohonolofatsa Faro eaba Jakobo oa tsamaea.

11 Josefa a fa ntate oa hae le bana babo bolulo naheng ea Egepeta, karolong e ntle ea naha e leng Ramsese+ feela joalokaha Faro a laetse. 12 Josefa a ’na a fa ntate oa hae le bana babo le lelapa lohle la ntate oa hae lijo,* ho ea ka palo ea bana ba bona.

13 Ho ne ho se na lijo* naheng eohle hobane tlala e ne e le kholo haholo ’me batho ba naha ea Egepeta le ea Kanana ba ne ba sotleha ka lebaka la tlala.+ 14 Josefa o ne a nka chelete eohle eo batho ba naheng ea Egepeta le ea Kanana ba neng ba reka koro* ka eona,+ ebe o e isa ntlong ea Faro. 15 Ka mor’a nako, chelete ea naha ea Egepeta le ea Kanana ea fela eaba Baegepeta bohle ba tla ho Josefa ba re: “Re fe lijo! Na u tla re tlohella hore re shoe hobane feela re feletsoe ke chelete?” 16 Josefa a re: “Haeba chelete ea lona e felile, tlisang liphoofolo ’me ke tla le fa lijo.” 17 Ba tlisa liphoofolo tsa bona ho Josefa ’me a ’na a ba fa lijo kaha ba ne ba mo fa lipere, linku, lipoli, likhomo le litonki. Ke tsela eo ba neng ba reka lijo ka eona selemong seo.

18 Ha selemo seo se fela, ba tla ho eena selemong se latelang ba re: “Morena, tseba hore re u file chelete eohle le liphoofolo tsohle tsa rona. Ha ho letho leo re ka u fang lona haese ’mele ea rona le masimo a rona. 19 Na u tla re tlohella hore re shoe le masimo a rona a senyehe? Re rekelle le masimo a rona e le hore u re fe lijo ’me re tla ba makhoba a Faro. Re fe peo e le hore re se ke ra shoa le hore naha ea rona e se ke ea senyeha.” 20 Josefa a rekela Faro masimo ’ohle a Baegepeta hobane ba ne ba rekisitse masimo a bona kaha tlala e ne e le kholo haholo. Masimo ’ohle ea e-ba a Faro.

21 Josefa a laela batho bohle ba Egepeta hore ba lule metseng e haufi.+ 22 Ke masimo a baprista feela ao a sa kang a a reka+ hobane ba ne ba phela ka lijo tse tsoang ho Faro. Ke ka lebaka leo ba sa kang ba rekisa masimo a bona. 23 Josefa a re ho sechaba: “Kajeno ke le rekile le masimo a lona bakeng sa Faro. Peo ea lona ke ena, le e jale masimong. 24 Ha le kotula, le fe Faro mokotla o le mong ho e mehlano ea lijo tseo le li kotutseng.+ Mekotla e mene e be ea lona, e be peo eo le tla e lema masimong le lijo tsa malapa a lona le bana ba lona.” 25 Ba re: “U bolokile bophelo ba rona.+ Haeba u lumela morena, e-re re be makhoba a Faro.”+ 26 Josefa a beha molao o reng mokotla o le mong ho e mehlano oa lijo tse kotutsoeng e be oa Faro. Molao ona o ntse o sebetsa ho fihlela letsatsing lena naheng ea Egepeta. Ke masimo a baprista feela ao e sa kang ea e-ba a Faro.+

27 Baiseraele ba tsoela pele ho lula Goshene+ naheng ea Egepeta, ba aha ho eona ’me ba e-ba bangata.+ 28 Jakobo o lutse naheng ea Egepeta lilemo tse 17. O phetse lilemo tse 147.+

29 Iseraele o ne a le haufi le ho shoa,+ kahoo a bitsa mora oa hae Josefa a re: “Haeba u nthata e le kannete, ke kopa u behe letsoho la hao tlas’a serope sa ka* ’me u mpontše mosa* hape u ntšepahalle. Ke kopa u se ke oa mpatela Egepeta.+ 30 Ha ke shoa* u ntlose Egepeta ’me u mpatele lebitleng la baholo-holo ba ka.”+ Josefa a re: “Ke tla etsa joalo.” 31 Jakobo a re: “Ntlhapanyetse.” A mo hlapanyetsa+ eaba Iseraele o inamisetsa hlooho mosamong oa bethe ea hae.+

48 Ka mor’a lintho tsena, Josefa a bolelloa hore ntate oa hae oa kula. A tsamaea le bara ba hae ba babeli e leng Manase le Efraime.+ 2 Ha Jakobo a bolelloa hore mora oa hae Josefa o tlile ho eena, a* leka ka matla ho phahama betheng e le hore a lule holim’a eona. 3 Jakobo a re ho Josefa:

“Molimo Ea Matla ’Ohle o ile a hlaha ho ’na Luze naheng ea Kanana eaba oa ntlhohonolofatsa.+ 4 A re ho ’na, ‘Ke tla u atisa, ke etse hore u ngatafale ’me ke u etse sechaba se seholo+ hape ke fe bana* ba hao naha ena e le lefa la ka ho sa feleng.’+ 5 Bara ba babeli bao u bileng le bona naheng ea Egepeta pele ke tla, ke ba ka.+ Efraime le Manase e tla ba bara ba ka joalokaha Rubene le Simeone e le bara ba ka.+ 6 Empa bana bao u tla ba le bona ka mor’a bana, e tla ba ba hao. Ba tla bitsoa ka mabitso a bana ba bo bona ’me ba fumane lefa la bana ba bo bona.+ 7 Ha ke tsoa Padane, ’mè oa hao Ragele o ile a shoella+ pel’a ka naheng ea Kanana. Re ne re le hole le ho fihla Efratha.+ Ka mo pata moo tseleng e eang Efratha, eo hape e bitsoang Bethlehema.”+

8 Ha Iseraele a bona bara ba Josefa a re: “Ke bo-mang baa?” 9 Josefa a re ho ntate oa hae: “Ke bara bao Molimo a mphileng bona sebakeng sena.”+ Jakobo a re: “Ke kopa u ba tlise e le hore ke ba hlohonolofatse.”+ 10 Mahlo a Iseraele a ne a sa bone hantle ka lebaka la botsofali. Josefa a ba atametsa ho eena ’me a ba suna eaba oa ba haka. 11 Iseraele a re ho Josefa: “Ke ne ke sa nahane hore ke tla u bona+ empa Molimo o ntumeletse hore ke bone le bana* ba hao.” 12 Josefa a ba tlosa mangoleng a Iseraele eaba oa khumama.*

13 Josefa a tšoara Efraime+ ka letsoho le letona, a mo isa ka letsohong le letšehali la Iseraele, a tšoara Manase+ ka letsoho le letšehali, a mo isa ka letsohong le letona la Iseraele eaba o ba atametsa ho Iseraele. 14 Empa Iseraele a beha letsoho le letona hloohong ea Efraime le hoja a ne a le monyenyane ’me letsoho le letšehali a le beha hloohong ea Manase. O ile a etsa sena ka morero le hoja Manase e ne e le eena letsibolo.+ 15 A hlohonolofatsa Josefa ’me a re:+

“Molimo oa ’nete eo ntate-moholo oa ka Abrahama le ntate oa ka Isaka ba tsamaileng ka pel’a hae,+

Molimo oa ’nete ea ntlhokometseng bophelo bohle ba ka ho fihlela letsatsing lena,+

16 Lengeloi le ileng la ntopolla tlokotsing,+ hlohonolofatsa bashanyana bana.+

Ba ke ba bitsoe ka lebitso la ka, la ntate-moholo oa ka Abrahama le la ntate oa ka Isaka,

Ba ke ba eketsehe, e be letšoele le leholo lefatšeng.”+

17 Ha Josefa a bona hore ntate oa hae o ntse a behile letsoho le letona hloohong ea Efraime, a se ke a thabela seo eaba o leka ho tlosa letsoho la ntate oa hae hloohong ea Efraime ho le isa hloohong ea Manase. 18 Josefa a re ho ntate oa hae: “Ntate u etsa phoso, letsibolo ke Manase.+ Beha letsoho la hao le letona hloohong ea hae.” 19 Ntate oa hae a ’na a hana a re: “Kea tseba mora oa ka, kea tseba. Le eena e tla ba sechaba ’me le eena o tla ba moholo. Empa ngoan’abo e monyenyane o tla ba moholo ho eena+ ’me bana* ba hae ba tla lekana le lichaba.”+ 20 A ba hlohonolofatsa letsatsing leo+ a re:

“Baiseraele ba ke ba bue ka lona ha ba fana ka tlhohonolofatso ba re,

‘E se eka Molimo a ka le etsa joaloka Efraime le Manase.’”

A ’na a beha Efraime ka pel’a Manase.

21 Iseraele a re ho Josefa: “Ke haufi le ho shoa+ empa Molimo o tla ba le lona ’me a le khutlisetse naheng ea baholo-holo ba lona.+ 22 Ke u fa karolo ea naha e fetang ea bana beno, naha eo ke e nkileng ho Baamore ka sabole le ka seqha sa ka.”

49 Jakobo a bitsa bara ba hae ’me a re ho bona: “Bokanang e le hore ke le bolelle se tla le etsahalla nakong e tlang.* 2 Tloong le tl’o mamela lona bara ba Jakobo, mamelang ntate oa lona Iseraele.

3 Rubene+ u letsibolo+ la ka, matla a ka le ngoana oa ka oa pele,* bokhabane bo hlomphehang le bokhabane ba matla. 4 E ke ke ea e-ba uena e moholo kaha u bile joaloka metsi a loebehlanang. U hloelletse betheng ea ntate oa hao.+ U silafalitse* bethe ea ka. O ile a hloella ho eona!

5 Simeone le Levi ke bara ba motho.+ Ba sebelisa libetsa tsa bona bakeng sa ntoa.+ 6 U se ke oa ba motsoalle oa bona. U se ke oa kopana le bona, uena pelo ea ka hobane bohaleng ba bona ba bolaile batho+ ’me ba khotsofalla ho khaola mesifa ea lipoho. 7 Ho rohakoe bohale le khalefo ea bona hobane li sehloho.+ E-re ke ba arole ho Jakobo ’me ke ba hasanye Iseraele.+

8 Ha e le uena Juda,+ bana beno ba tla u rorisa.+ U tla hlola* lira tsa hao.+ Bara ba ntate oa hao ba tla u inamela.+ 9 Juda ke lelinyane la tau.+ Mora oa ka, u tla ja phofu ebe oa tsamaea. O paqame ebile o phomotse joaloka tau ’me joaloka tau, ke mang ea ka itetang sefuba ho mo tšoenya? 10 Lere la borena le ke ke la tloha ho Juda+ le lere la bolaoli le ke ke la tloha pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo* a tla+ ’me lichaba li tla mo mamela.+ 11 Juda o tla hlatsoa liaparo tsa hae veineng le lerong la morara, a fasitse tonki ea hae sefateng sa morara le petsana ea tonki sefateng se setle sa morara. 12 Mahlo a hae a mafubelu ka lebaka la veine ’me meno a hae a masoeu ka lebaka la lebese.

13 Zabulone+ o tla lula lebopong la leoatle, moo likepe li emisitsoeng teng ka ankora+ ’me moeli oa hae o tla fella haufi le Sidone.+

14 Isakare+ ke tonki e matla, e bothileng e jere sale e mekotla e ’meli mahlakoreng. 15 Isakare o tla bona hore sebaka sa ho phomola se setle le hore naha e ntle. O tla inama* e le hore a jare moroalo ’me a lumele ho etsa mosebetsi o boima.*

16 Dane+ e leng le leng la maloko a Iseraele, o tla ahlola batho bohle.+ 17 Dane e ke e be noha e linaka e ka thoko ho tsela, e lomang lirethe tsa pere hoo mopalami oa eona a oelang.+ 18 Jehova, ke tla letela poloko e tsoang ho uena.

19 Ha e le Gade,+ o tla hlaseloa ke sehlopha sa bafutuhi empa le eena o tla se hlasela.+

20 Lijo* tsa Ashere+ li tla ba ngata* ’me o tla fana ka lijo tse tšoanelang morena.+

21 Nefthali+ ke khama e tšehali e tšesaane. O bua mantsoe a monate.+

22 Josefa+ ke lekala la sefate se behang litholoana se pel’a seliba, seo makala a sona a fihlang holim’a lerako. 23 Empa ba betsang metsu ba ile ba ’na ba mo hlorisa, ba mo betsa ka metsu le ho mo hloea.+ 24 Empa seqha sa hae se ne se le sebakeng sa sona+ ’me matsoho a hae a le matla ebile a le mafolofolo+ ka lebaka la ea matla ea thusitseng Jakobo. Ke molisa, lejoe la Iseraele. 25 Josefa o tsoa ho Molimo oa ntate oa hao ’me o tla u thusa. Ea Matla Ohle o na le eena ’me o tla mo hlohonolofatsa ka litlhohonolofatso tse tsoang maholimong le tse tsoang ka tlas’a lefatše,+ ka bana ba bangata le ka liphoofolo. 26 Litlhohonolofatso tsa ntate oa hao li tla phahamela litlhohonolofatso tsa lithaba tseo esale li le teng, li phahamele lintho tse ntle tse maralleng ao esale a le teng.+ Li tla ’ne li be holim’a hlooho ea Josefa ea khethiloeng ho bana babo.+

27 Benjamine+ o tla ’ne a harole joaloka phiri.+ Hoseng o tla ja phofu ’me mantsiboea a arole lintho tseo a li hapileng.”+

28 Maloko a 12 a Iseraele a tsoa ho bana kaofela ’me ana ke mantsoe ao ntate oa bona a a buileng ha a ba hlohonolofatsa. O file e mong le e mong tlhohonolofatso e mo loketseng.+

29 Ka mor’a moo a ba fa litaelo tsena: “Ke haufi le ho shoa.+ Le mpate lehaheng le tšimong ea Efrone oa Mohethe moo bo-ntate ba ka ba patiloeng teng.+ 30 Ke lehaha le tšimong e Makpela e ka pel’a Mamre naheng ea Kanana, tšimo eo Abrahama a e rekileng ho Efrone oa Mohethe hore e be sebaka sa lepato. 31 Ba ile ba pata Abrahama le mosali oa hae Sara moo.+ Ba pata Isaka+ le mosali oa hae Rebeka moo. Le ’na ka pata Lea moo. 32 Tšimo le lehaha le ho eona li ne li rekiloe ho bara ba Hethe.”+

33 Ha Jakobo a qeta ho fa bara ba hae litaelo tsena, a khutlisetsa maoto a hae betheng eaba oa shoa ’me a patoa joaloka batho ba habo.*+

50 Josefa a itahlela holim’a ntate oa hae+ ’me a lla eaba oa mo suna. 2 Josefa a laela lingaka tse mo sebeletsang hore li tlotse*+ setopo sa ntate oa hae. Lingaka tsa tlotsa setopo sa Iseraele, 3 tsa nka matsatsi a 40 kaha ho ne ho nka nako e kaalo ho tlotsa setopo. Baegepeta ba ’na ba mo llela ka matsatsi a 70.

4 Ha matsatsi a ho mo llela a se a fetile, Josefa a bua le balaoli* ba Faro a re: “Ke kopa le fe Faro molaetsa ona: 5 ‘Ntate o ile a re ho ’na: “Ke haufi le ho shoa.+ Ntlhapanyetse+ hore u tla mpatela sebakeng sa ka sa lepato+ seo ke se chekileng naheng ea Kanana.”+ Ke kopa ho e’o pata Ntate, ka mor’a moo ke tla khutla.’” 6 Faro a re: “Tsamaea u e’o pata ntate oa hao joalokaha u hlapantse.”+

7 Josefa a tsamaea ho ea pata ntate oa hae ’me bahlanka bohle ba Faro ba tsamaea le eena, banna ba baholo+ ba lelapa la hae le banna bohle ba baholo naheng ea Egepeta, 8 lelapa lohle la Josefa, bana babo le lelapa lohle la ntate oa hae.+ Ho ne ho setse bana ba banyenyane le liphoofolo Goshene. 9 Bapalami ba likariki+ le ba lipere ba tsamaea le eena, e ne e le sehlopha se seholo. 10 Ba fihla seotlong sa Atade se Jordane ’me ba lla habohloko eaba Josefa o llela ntate oa hae ka matsatsi a supileng. 11 Baahi ba naha, e leng Bakanana ba ba bona ba lla seotlong sa Atade ’me ba hoeletsa ba re: “Baegepeta ba utloile bohloko hakaakang!” Ke ka lebaka leo sebaka seo se ileng sa bitsoa Abele-mizraime,* e Jordane.

12 Bara ba Jakobo ba etsa seo a ba laetseng sona.+ 13 Ba mo isa naheng ea Kanana ’me ba mo pata lehaheng la tšimo e Makpela, tšimo e ka pel’a Mamre eo Abrahama a e rekileng ho Efrone oa Mohethe hore e be sebaka sa lepato.+ 14 Ka mor’a hore Josefa a pate ntate oa hae, a khutlela Egepeta le bana babo le bohle ba neng ba tsamaile le eena.

15 Ka mor’a lefu la ntate oa bona, bana ba bo Josefa ba re: “E ka ’na eaba Josefa o ntse a re hloile ’me o tla iphetetsa ka lebaka la lintho tse mpe tseo re mo entseng tsona.”+ 16 Ba romela molaetsa ho Josefa o reng: “Ntate oa hao o fane ka taelo ena pele a shoa: 17 ‘Le re ho Josefa: “Kea u kopa, tšoarela bana beno sebe seo ba u entseng sona ha ba ne ba u etsa hampe.”’ Re kopa u tšoarele molato oa bahlanka ba Molimo oa ntate oa hao.” Josefa a lla haholo ha ba ntse ba bua le eena. 18 Bana babo ba tla ho eena ’me ba khumama* ka pel’a hae ba re: “Ke rona bana re makhoba a hao.”+ 19 Josefa a re ho bona: “Le se ke la tšoha. Nke ke ka le ahlola hobane ha ke Molimo. 20 Le hoja le ne le batla ho ntematsa,+ Molimo o ile a fetola bobe boo hore lintho li tsamaee hantle le ho boloka batho ba bangata ba phela joalokaha le bona kajeno.+ 21 Le se ke la tšoha. Ke tla ’ne ke le fe lijo le bana ba lona ba banyenyane.”+ A ba tšelisa ’me a ba khothatsa.

22 Josefa a ’na a lula Egepeta le ba lelapa la ntate oa hae. O phetse lilemo tse 110. 23 Josefa o ile a bona moloko oa boraro oa bara ba Efraime+ le bara ba Makire,+ mora oa Manase. O ile a ba tšoara joaloka bara ba hae.* 24 Josefa a re ho bana babo: “Ke haufi le ho shoa empa Molimo o tla le hlokomela+ ’me o tla le ntša naheng ena a le ise naheng eo a e tšepisitseng Abrahama, Isaka le Jakobo.”+ 25 Josefa a re ho bara ba Iseraele: “Molimo o tla le hlokomela. Ntlhapanyetseng hore le tla tlosa masapo a ka sebakeng sena.”+ 26 Josefa a shoella Egepeta a le lilemo li 110 ’me ba tlotsa*+ setopo sa hae ba se kenya ka har’a lekase.

Kapa: “boliba.”

Kapa: “matla ao Molimo a a sebelisang.”

Ka Seheberu: “Ho ke ho be le mehloli ea leseli.”

Ka Seheberu: “sepaka-pakeng sa maholimo.”

Ka Seheberu: “a etsa mehloli e ’meli ea leseli.”

Ho ka etsahala hore li ne li akarelletsa lihahabi le mefuta e meng ea liphoofolo.

Ka Seheberu: “ka setšoantšo sa rona.”

Ka Seheberu: “tse fofang maholimong.”

Ka Seheberu: “ka setšoantšo sa hae.”

Ka Seheberu: “le makhotla ’ohle a tsona.”

Mona ke moo lebitso la Molimo le mo khethollang ho melimo e meng eohle le hlahang ka lekhetlo la pele, יהוה (YHWH). Sheba Ntlha ea A4.

Ka Seheberu motho ke ne′phesh ’me lentsoe lena le bolela “sebopuoa se hemang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “e fetoha likarolo tse ’nè.”

Kapa: “Ho na le deliame.”

Kapa: “Tigris.”

Kapa: “mothusi hore e be motlatsi oa hae.”

Ka Seheberu: “tse fofang maholimong.”

Kapa: “mothusi hore e be motlatsi oa hae.”

Kapa: “a robatsa monna boroko bo tebileng.”

Kapa: “a lule le.”

Kapa: “e le masene.”

Kapa: “feiga.”

Kapa: “ha a ntse a tsamaea serapeng.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

E bolelang “Motho; Batho.”

Ka Seheberu: “U tla ja lihlahisoa tsa lona ka bohloko.”

Kapa: “bohobe.”

Kapa: “U tla sebetsa ka thata.”

E bolelang “Ea Phelang.”

Kapa: “ho tsoala.”

Kapa: “a hlonama.”

Kapa: “u hloname?”

Kapa: “na u ke ke oa phahamisoa?”

Kapa: “molebeli; molisa.”

Kapa: “ke u leleka lefatšeng le ileng la bula molomo oa lona ho amohela mali a ngoan’eno letsohong la hao.”

Ka Seheberu: “oa ba le matla.”

E ka ’na eaba ena e ne e le taelo e neng e lemosa batho.

Kapa: “naheng ea Node.”

Kapa: “lekolilo.”

E bolelang “Ea Khethiloeng; Ea Behiloeng; Ea Hlomamisitsoeng.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “Adama; Motho.”

Sheba Tlhaloso.

Mohlomong e bolela “Phomolo; Matšeliso.”

Kapa: “tšelisa.”

Maele a Seheberu a bolelang bara ba Molimo ba mangeloi.

Ka Seheberu: “nama.”

Mohlomong e bolela batho ba etsang hore ba bang ba oele. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “utloa bohloko.”

Kapa: “amohela; thabisoa ke.”

Kapa: “o ne a sa tšoauoe phoso.”

Kapa: “hammoho le lefatše.”

Ka Seheberu: “lebokose”; sekepe se seholo.

Mohlomong e ne e le lifate tsa phaena.

Ka Seheberu: “litsoe tse 300.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 30.”

Ka Seheberu ke tsohar. Maikutlo a mang ke hore tsohar ha se fensetere empa ke marulelo a tšekaletseng a bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 45.

Ka Seheberu: “setsoe se le seng.” Sheba Ntlha ea B14.

Sheba Tlhaloso.

Kapa mohlomong: “Liphoofolong tsohle tse hloekileng u nke tse tona tse supileng le tse tšehali tse supileng.”

Kapa mohlomong: “u nke tse tona tse supileng le tse tšehali tse supileng.”

Kapa: “boliba.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 15.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “nama eohle.”

Kapa: “tse nang le moea o phelisang.”

Ka Seheberu: “o ile a hopola.”

Kapa: “ea thijoa.”

Kapa: “moo le ka behang leoto teng.”

Ka Seheberu: “khathollang.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ea tšollang mali a motho.”

Kapa: “lintho tse phelang.”

Kapa mohlomong: “Metse ena e etsa motse o moholo.”

Kapa mohlomong: “ke abuti oa Jafeta.”

E bolelang “Karohano.”

Ka Seheberu: “lefatše le ile la aroloa.”

E bolelang “Pherekano.”

Ka Seheberu: “lefatše lohle.”

Sena se ka bolela hore a tla lokela ho etsa ho hong hore a hlohonolofatsoe.

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “ho ea lula moo e le molichaba.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “Phuleng.”

E leng Leoatle le Shoeleng.

Kapa: “Phuleng.”

Kapa: “Phula.”

Kapa: “a lula litenteng.”

Kapa: “ngoan’abo.”

Ka Seheberu: “ngoan’abo.”

Kapa: “Phuleng.”

Ka Seheberu: “moqathatso.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “Ea tsoang lithong tsa hao tse ka hare.”

Ka Seheberu: “Peo.”

Khomo e e-s’o be le namane.

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “ea behileng sefubeng sa hao.”

Ka Seheberu: “peo.”

E bolelang “Molimo oa Utloa.”

Kapa: “onager” e leng mofuta oa tonki e hlaha le hoja batho ba bang ba nahana hore ke qoaha. E ka ’na eaba ho buuoa ka ho itaola.”

Kapa mohlomong: “o tla hlouoa ke bana babo kaofela.”

E bolelang “Seliba sa ea Phelang le ea Mponang.”

A thetsitse fatše ka hlooho.

E bolelang “Ntate o Phahame (O Phahamisitsoe).”

E bolelang “Ntate oa Letšoele (Bongata); Ntate oa ba Bangata.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “selekane sa ka se entsoeng nameng ea lona.”

Mohlomong e bolela “Ea Bakang Liqabang.”

E bolelang “Khosatsana.”

E bolelang “Ho Tšeha.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “batho bohle ba batona ho akarelletsa le bashanyana.”

A thetsitse fatše ka hlooho.

Ka Seheberu: “e le hore le matlafatse lipelo tsa lona.”

Ka Seheberu: “litekanyo tse tharo tsa seah.” Li lekana le lik’hilokramo tse ka bang 13. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “o ne a se a khaolitse ho ea matsatsing.”

Sena se ka bolela hore li tla lokela ho etsa ho hong hore li hlohonolofatsoe.

Ka Seheberu: “Ke tseba.”

Kapa: “ba lelapa la hae ba tlang ka mor’a hae.”

Ka Seheberu: “ke le lerole le molora.”

Ka Seheberu: “moriting oa marulelo a ka.”

Kapa: “petetsa.”

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

E bolelang “Bonyenyane.”

Kapa: “a lula e le molichaba.”

Ka mantsoe a mang o ne a e-s’o ka a robala le eena.

Kapa: “se lokileng.”

Kapa: “u na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “o ne a thibile ka ho feletseng popelo e ’ngoe le e ’ngoe ea ntlo ea Abimeleke.”

Mantsoe a Seheberu a fetoletsoeng mona e le ‘ke thabe’ le ‘ba tla thaba’ a bolela ‘ho tšeha.’

E leng ha ngoana a tlohelisoa ho nyanya.

Ka Seheberu: “mamela lentsoe la hae.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Mokotla oa letlalo o tšelang metsi.

Kapa: “u tla ba le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Mohlomong e bolela “Seliba sa Kano” kapa “Seliba sa Bosupa.”

Kapa: “e le molichaba.”

Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”

Kapa: “thipa e selakhang.”

Kapa: “thipa e selakhang.”

E bolelang “Jehova o Tla Fana; Jehova o Tla Bona.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “keiti.”

Sena se ka bolela hore li tla lokela ho etsa ho hong hore li hlohonolofatsoe.

Ka Seheberu: “peo.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa mohlomong: “khosana e kholo.”

Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “shekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Ho bonahala eka ena e ne e le tsela eo ho neng ho tiisoa kano ka eona mehleng eo.

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “halofo ea shekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lishekele tse leshome.”

A thetsitse fatše ka hlooho.

Ho ka etsahala hore ho buuoa ka Labane.

Ka Seheberu: “ke ee ka letsohong le letona kapa ka ho le letšehali.”

Kapa: “Ha re khone ho bua hampe kapa hantle ho uena.”

E leng mosebeletsi oa hae.

Kapa: “ ’mè oa limiriade tse likete.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “keiti.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “o nkeloa ho batho ba habo.” Mantsoe ana ke mokhabo-puo ’me a bolela ho shoa.

Kapa: “liahelo tse pota-potiloeng ke lerako.”

Ka Seheberu: “o nkeloa ho batho ba habo.” Mantsoe ana ke mokhabo-puo ’me a bolela ho shoa.

Kapa mohlomong: “O ne a hlouoe ke bana babo kaofela.”

E bolelang “Bohoete.”

E bolelang “Ea Tšoarang Serethe; Ea Nkelang e Mong Sebaka.”

Ka Seheberu: “bofubelu bona.”

Kapa: “ke shoele ke tlala.”

E bolelang “Bofubelu.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Sena se ka bolela hore li tla lokela ho etsa ho hong hore li hlohonolofatsoe.

Ka Seheberu: “peo.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

E bolelang “Tsekisano.”

E bolelang “Qoso.”

E bolelang “Libaka Tse Pharaletseng.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

E bolelang “Ea Tšoarang Serethe; Ea Nkelang e Mong Sebaka.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “o itšelisa ka hore o tla u bolaea.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “lere.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Sena se ka bolela hore a tla lokela ho etsa ho hong hore a hlohonolofatsoe.

Ka Seheberu: “peo.”

E bolelang “Ntlo ea Molimo.”

Ho lumelisa motho ka ho mo suna, joaloka ho mo suna lerameng, e ne e le ntho e tloaelehileng.

Ka Seheberu: “ngoan’abo.”

Kapa: “rea amana.”

Ka Seheberu: “ngoan’eso.”

Ka Seheberu: “mahlo a Lea a ne a sa khanye.”

Ka Seheberu: “hlouoe.”

Ka Seheberu: “a bula popelo ea hae.”

E bolelang “Bona ke na le Mora.”

E bolelang “Ho Utloa.”

E bolelang “Ho Khomarela; Ho Kopana.”

E bolelang “Rorisitsoe; Motho ea Rorisoang.”

Ka Seheberu: “a belehele mangoleng a ka.”

E bolelang “Moahloli.”

E bolelang “Lintoa Tsa Ka.”

E bolelang “Tlhohonolofatso e Kholo.”

E bolelang “Thabo.”

Ke semela seo basali ba neng ba ja tholoana ea sona hobane ba nahana hore e tla ba thusa ho ima.

Kapa: “moputso oa ea ik’hirisang.”

E bolelang “Kamohelo.”

Ka Seheberu: “ ’me Molimo a mo mamela eaba o bula popelo ea hae.”

Ke lebitso le khutsufalitsoeng la Josifia le bolelang “E se Eka Jah a ka Eketsa.”

Kapa: “bopaki.”

Kapa: “ke lokile.”

Kapa: “lipoli tse tona.”

Ka Seheberu: “pilara.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “melingoana ea litšoantšo ea ka tlung.”

E leng ea Eufrate.

Kapa: “ba bang ba leloko.”

Ka Seheberu: “Hlokomela hore u se ke oa bua le Jakobo ka se setle kapa se sebe.”

Ka Seheberu: “bara.”

Kapa: “bana ba bo rona.”

Kapa: “bana beso le bana beno.”

Ha konyana kapa potsanyane e hlaha e se e ntse e shoele.

Ka Seheberu: “tšabo ea Isaka.”

Poleloana ea Searame e bolelang “Qubu ea Bopaki.”

Poleloana ea Seheberu e bolelang “Qubu ea Bopaki.”

Kapa: “bana babo.”

Ka Seheberu: “bara.”

E bolelang “Mabotho a Mabeli.”

Ka Seheberu: “sebaka.”

Kapa: “ke lutse ke le molichaba.”

Kapa: “lerato la hao le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “lipoli tse tona.”

Kapa: “khohlo.” Sheba Tlhaloso.

E bolelang “Ea Loanang le (Ea Phehellang) Molimo” kapa “Molimo oa Loana.”

E bolelang “Sefahleho sa Molimo.”

Ka Seheberu: “lifahleho li talimane.”

Kapa: “Peniele.”

Kapa: “bara ba Iseraele.”

A thetsitse fatše ka hlooho.

Ho lumelisa motho ka ho mo suna, joaloka ho mo suna lerameng, e ne e le ntho e tloaelehileng.

Ka Seheberu: “tlhohonolofatso.”

E bolelang “Maphephe; Masaka.”

Ka Seheberu: “a bua le pelo ea moroetsana.”

Kapa: “nyallane.”

Ka Seheberu: “ea nang le ntlha ea letlalo la setho sa botona.”

Kapa: “Le entse hore ke qheleloe ka thoko.”

Kapa: “tseleng.”

Kapa: “pata.”

E bolelang “Molimo oa Bethele.”

Kapa: “mosebeletsi oa.”

Kapa: “eike.”

E bolelang “Ouku (Eike) ea Lillo.”

Ka Seheberu: “a tla tsoa lethekeng la hao.”

Ka Seheberu: “peo.”

E bolelang “Mora oa Bohloko ba Ka.”

Ka Seheberu: “Mora oa Letsoho la ka le Letona.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “o nkeloa ho batho ba habo.” Mantsoe ana ke mokhabo-puo ’me a bolela ho shoa.

Kapa: “ba lula e le balichaba.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”

Kapa: “seaparo se setle se selelele.”

Kapa: “phuleng.”

Kapa: “li ne li jere labdaname.”

Ho ne ho etsoa setlolo se nkhang hamonate ka mamina a sefate a tsoang makhekhephung ana.

Ka Seheberu: “nama.”

Kapa: “Bamidiane.”

Kapa: “poli e tona.”

Kapa: “rusollotsoe.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Bamidiane.”

Kapa: “tjale.”

Kapa: “motho ea ithekisang.”

Ka Seheberu: “letekatse la tempele.”

Kapa: “ ’mala o sekareleta.”

E bolelang “Ho Tabola,” mohlomong e bua ka ho tabola linoka.

Kapa: “ ’mala o sekareleta.”

Kapa: “Ke ’na ea laolang lintho tsohle.”

Kapa: “a mo bontša lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “motho ea bakang bohobe.”

Ka Seheberu: “matsatsi.”

Ka Seheberu: “o tla phahamisa hlooho ea hao.”

Kapa: “u mpontše lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “sekoting.”

Ka Seheberu: “a phahamisa hlooho ea.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “sekoting.”

Ka Seheberu: “letsohong.”

Ka Seheberu: “letsohong.”

Ho bonahala e le lentsoe le sebelisetsoang ho bontša tlhompho.

Ka Seheberu: “ea tla phahamisa letsoho kapa leoto la hae.”

E leng Heliopolis.

Kapa: “koro.”

E leng Heliopolis.

E bolelang “Ea Etsang Hore U Lebale.”

Mohlomong lebitso lena le bolela: “Bana ba ka ba eketsehile.”

Kapa: “bohobe.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ba thetsitse fatše ka lihlooho.

Ka Seheberu: “mali a hae aa batloa.”

Kapa: “koro.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “mamina a sefate.”

Ona ke mofuta oa peo e tšoanang le makotomane empa eona e na le ’mala o mosehla le o motala.

Kapa: “letlotlo.”

Ba thetsitse fatše ka lihlooho.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ba thetsitse fatše ka lihlooho.

Kapa: “rusolotsoe.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “masala.”

Ka Seheberu: “hore ke be ntate.”

Ka Seheberu: “A itihela molaleng oa.”

Ho lumelisa motho ka ho mo suna, joaloka ho mo suna lerameng, e ne e le ntho e tloaelehileng.

Ho ka etsahala hore ebe e ne e le likhomo, likamele kapa mefuta e meng ea liphoofolo.

Kapa: “e nonneng.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bohle bao e neng e le ba hae.”

Ka Seheberu: “ea tla beha letsoho mahlong a hao.”

E leng Heliopolis.

Ka Seheberu: “Bara.”

Ka Seheberu: “a itihela molaleng oa hae.”

Ka Seheberu: “bohobe.”

Ka Seheberu: “bohobe.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ho bonahala eka ena e ne e le tsela eo ho neng ho tiisoa kano ka eona mehleng eo.

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “robala le bo-ntate ba ka.”

Ka Seheberu: “Iseraele.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

A thetsitse fatše ka hlooho.

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “karolong e qetellang ea matsatsi.”

Kapa: “le qalo ea matla a ka a ho tsoala.”

Kapa: “hlomphollotse.”

Ka Seheberu: “Letsoho la hao le tla ba molaleng oa.”

E bolelang “Eo e Leng ea Hae.”

Ka Seheberu: “koba lehetla la hae.”

Kapa: “mosebetsi o qobelloang.”

Kapa: “bohobe.”

Ka Seheberu: “li tla ba mafura.”

Ka Seheberu: “a nkeloa ho batho ba habo.” Mantsoe ana ke mokhabo-puo ’me a bolela ho shoa.

Ho ne ho sebelisoa lintho tse kang oli e nkhang hamonate e le hore setopo se se ke sa bola.

Kapa: “ba lelapa la.”

E bolelang “Ho utloa bohloko ha Baegepeta.”

Ba thetsitse fatše ka lihlooho.

Ka Seheberu: “Ba tsoalloa mangoleng a Josefa.”

Ho ne ho sebelisoa lintho tse kang oli e nkhang hamonate e le hore setopo se se ke sa bola.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela