Bana ba se Nang Mahae—Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho ba Thusa?
KA LA 14 ’Mphalane, 1987, Jessica McClure e monyenyane o ile a tšoaseha limithara tse 6,7 selibeng se sa sebetseng United States. Ka lihora tsa tlokotsi tse 58, basebetsi ba pholoso ba ile ba bula tsela har’a lefika le thata ho finyella ngoanana ea likhoeli li 18. Ketsahalo ena ebile sehlooho sa litaba tsa likoranta le ho ama pelo ea sechaba sohle, ’me thelevishine ea tsoela pele e bontša babohi mosebetsi ona oa phallelo ho fihlela Jessica a ntšuoa a phela mokoting o lefifi.
Empa Jessica o ne a na le lehae. Ka ho makatsang, tlokotsi ea bana ba se nang mahae ha e susumetse ka ho tšoanang. Na lebaka ke hore boemo ba bona bo amana le bofutsana? Ha a hlahloba boemo ba mafutsana, mongoli oa World Health, makasine oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle, o boletse hore: “Mafutsana metseng e meholo ha se baahi ba linaha tsa habo bona, hobane ha ba na litokelo tsa lipolotiki, bochaba, kapa tsa moruo. Mafutsana a tsofala ka potlako le ho shoa a sa le manyenyane.” Ka lebaka leo, liphetoho tse tobileng kamoo mebuso le batho ba talimang mafutsana kateng ke tsona tse hlokahalang pele hore moruo oa naha o fane ka lijo tse lekaneng, liaparo le matlo bakeng sa bona.
Kamoo ba Bang ba ka Thusoang Kateng
Boikemisetso bo boletsoeng ho Phatlalatso ea Machaba a Kopaneng ka Litokelo tsa Ngoana ke ba bohlokoa, empa ke hobane’ng ha ho bonahala bo sa finyelloe? (Bona lebokose.) Ka kakaretso, batho ba rata bana ’me ba ba batlela se molemo. Ho feta moo, bana ke ba bohlokoa bakeng sa boiketlo ba bokamoso ba sechaba. Ho Latin America Daily Post, James Grant oa UNICEF o re: “Ke bona bana bao qetellong ba tlamehang ho ntša naha ea habo bona boemong bo sa atleheng ba moruo.” Joalokaha Grant a pheta, tlaleho e tsoela pele ho bontša “hore ha chelete e ne e ka sebelisetsoa tlhokomelo ea motheo ea bophelo le thuto e ne e ka lebisa keketsehong ea bohlokoa ea tlhahiso ea lintho le khōlong ea moruo.” Linaha tse kang Brazil li hlile li elelloa boemo bo bobe bo hlahisoang ke bana ba phelang literateng le pefo e amanang le sena. Ka lehlohonolo, Brazil ho etsuoa boiteko ba ho rarolla bothata ka mekhatlo ea lithuso, mahae a tlhokomelo ea bana, mahae a likhutsana, le litša tsa thupelo ea bana ba litlokotsebe.
Mebuso e meng e bona bohlokoa ba ho tšehetsa ka chelete boiteko ba mafutsana ba ho ikahela matlo ho e-na le ho haheloa ke ’muso. Ka tsela ena, mafutsana ka boona a fetoha mohloli oa chelete.
Ntle le ho fumana tšehetso ho tsoa mekhatlong e meng, malapa a mafutsana a lokela ho ithaopela ho phethahatsa karolo ea ’ona. Lelapa le etsa hamolemo moruong le sechabeng ha le kopane ’me le sebetsana le mathata a lona. Ha e le hantle, litho tse nang le tsebo li ka tlatsetsa cheleteng ea lelapa.
Kamoo ba Bang ba Atlehileng Kateng
Bana ba bang ba se nang mahae ba ile ba tseba ho pholoha boemong bo joalo. Nahana ka mohlala oa Guillermo. Pele a hlaha, batsoali ba hae ba ne ba phela motsaneng o monyenyane empa ka lebaka la boemo bo fokolang ba moruo ba ile ba fallela toropong. Ha Guillermo a na le likhoeli tse tharo, ntate oa hae o ile a bolaoa; ’me lilemo tse ’maloa hamorao, ’mè oa hae o ile a shoa, a siea bana le nkhono. Ka lebaka leo, ha Guillermo a sa le monyenyane ebile ngoana ea phelang seterateng. Letsatsi le letsatsi, ka lilemo tse hlano, o ne a ea matlung a ho jela le moo ho noeloang joala ho batla lijo le chelete ea ho hlokomela litlhoko tsa habo, o ne a tsamaea seterateng ho fihlela bosiu bo boholo. Batho ba mosa ba ile ba mo ruta metheo ea bohloeki ba botho le boitšoaro. Hamorao, o ile a nkuoa seterateng ke mokhatlo oa ’muso le ho beoa lehaeng la tlhokomelo ea bana, moo a ileng a fumana lijo le ho kena sekolo. Lipaki tsa Jehova li tsa mo thusa ho bona hore ’Mōpi o ne a mo tsotella ’me tsa hlokomela litlhoko tsa hae tsa moea. A thabisitsoe ke botšepehi le botsoalle ba Lipaki, hamorao Guillermo o ile a re: “Ke mang ea tla thusa mocha ea hōtseng ntle ho tataiso le taeo? Ke baena ba lerato feela ba ileng mpha thuso e joalo, ntle ho chelete.” Guillermo o ile a kolobetsoa a le lilemo li 18. Hona joale o sebeletsa e le setho sa lekala la Mokhatlo oa Watch Tower naheng ea habo.
Hape ho na le João, eo ha a sa le monyenyane a ileng a lelekoa habo hammoho le baholoane ba hae ke ntat’a bona ea noang haholo. João o ile a hiroa ke mong’a lebenkele la lijo. Ka ho ba mafolo-folo, João o ile a tsoela pele ’me ka potlako a tšepjoa ke basebetsi-’moho le ba bang. Ke monna ea thabileng ea nang le lelapa. Hape nahana ka Roberto ea lilemo li 12. Le eena o ile a lelekoa habo. Mosebetsi oa hae ebile ho hlakolela batho lieta le ho rekisa lipompong ’me hamorao a sebetsa joaloka motšoantši. Boikemisetso ba ho ithuta le ho sebetsa bo ile ba thusa João le Roberto ho hlōla mathata a mangata. Ba sa hopola linako tse bohloko le ho hloka tšireletseho joaloka bacha ba se nang mahae, empa ba ile ba matlafatsoa ke ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Mehlala ena e ’maloa e bontša hore bana ka tloaelo ba tseba ho emelana le boemo bo itseng, ’me ka thuso e nepahetseng, ba ka tseba ho hlōla mathata a tšabehang, esita le ho lahloa.
Ho phaella moo, ha bana ba fumana tataiso ea batsoali tumellanong le Lentsoe la Molimo, malapa eba a tiileng, ’me mathata a kang ho lahloa ha bana le tšoaro e mpe ea bana ha a be teng.
Lebaka Leo Boiteko ba Motho bo Hlōlehang
Leha ho le joalo, ho ba teng ha bana ba limillione ba se nang mahae ke bopaki ba ho hlōleha ha motho ho rarolla bothata bona bo tebileng. Motsamaisi oa mokhatlo oa tlhokomelo ea bana o ile a qotsoa makasineng oa Time a re: “Motho ea kulang kelellong le ea holofetseng kelellong, motho ea kulang—sechaba se kulang—a ke ke a sebeletsa e le moemeli oa ntšetsopele.” Makasine oo o boletse e sale pele ka sena, naha e le ’ngoe ea Latin America e tla ba le “moroalo oa batho ba baholo ba limillione ba haelloang ke phepo e nepahetseng, ba se nang tsebo ea mosebetsi le ba sa rutehang ba tlang ho sitisa mofuta leha e le ofe oa tsoelopele.”
Ka lebaka la sena, na u nahana hore liphello tsa phepo e mpe, boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, le pefo li ka rarolloa ka matla a motho? Na u nahana hore lenaneo leha e le lefe le entsoeng ke motho le ka thusa bana bohle ba se nang mahae ho pholoha lintoa tsa seterateng le batho ba mabifi le ba hlokang mohau? Na u bona lenaneo le koetlisang batsoali bakeng sa boikarabelo ba bona ho bana ba bona? Leha ho le joalo, ka masoabi, boiteko ba motho bo ke ke ba rarolla ka ho felletseng bothata ba bana ba se nang mahae.
Hobane’ng? Motho e mong kapa ntho e ’ngoe e thibela bothata bona hore bo ka rarolloa. Ka ho thahasellisang, Jesu o ile a senola motho enoa ha a mo bitsa “morena oa lefatše.” (Johanne 14:30) Ke Satane Diabolose. (Bona leqephe 12.) Tšusumetso ea hae e bolotsana holim’a batho ke tšitiso e khōlō ea ho rarolla mathata ana le ho finyella thabo ea sebele. (2 Ba-Korinthe 4:4) Ka lebaka leo, ho tlosoa ha libōpuoa tseo tse sa bonahaleng ho bohlokoa haeba maemo a lokileng bakeng sa bana bohle ba se nang mahae le mafutsana a ka finyelloa. Ka hoo, na re ka lebella lefatše le se nang bana ba phelang literateng le mahlomola? Na ho na le tšepo ea sebele ea ka ho sa feleng bakeng sa bana ba se nang mahae?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
‘Ke mang ea tla thusa mocha ea hōtseng ntle ho tataiso le taeo?’
[Lebokose le leqepheng la 7]
Phatlalatso ea Machaba a Kopaneng ka Litokelo tsa Ngoana:
◼ Tokelo ea ho ba le lebitso le bochaba.
◼ Tokelo ea ho bontšoa lerato, le kutloisiso le tšireletseho linthong tse bonahalang.
◼ Tokelo ea ho ba le lijo tse lekaneng, bolulo, le litšebeletso tsa meriana.
◼ Tokelo ea ho fumana tlhokomelo e khethehileng haeba a holofetse, ebang ke ’meleng, kelellong, kapa bothong.
◼ Tokelo ea ho ba har’a ba pele ho fumana tšireletseho le lithuso maemong ’ohle.
◼ Tokelo ea ho sireletsoa khahlanong le mekhoa eohle ea ho hlokomolohuoa, tšoaro e mpe, le leeme.
◼ Tokelo e felletseng ea monyetla oa ho bapala le boikhathollo le monyetla o lekanang oa tokoloho le thuto e tlamang, e tla nolofaletsa ngoana ho hōlisa matla a hae le ho ba setho se molemo sechabeng.
◼ Tokelo ea ho hōlisa matla a hae ka ho felletseng maemong a tokoloho le boitlhompho.
◼ Tokelo ea ho hōlisoa ka moea oa kutloisiso, mamello, botsoalle har’a batho, khotso, le boena ba lefatše lohle.
◼ Tokelo ea ho thabela litokelo tsena ho sa tsotellehe bochaba, ’mala, bong, bolumeli, lipolotiki kapa lipono tse ling, tsa bochaba kapa morabe, thepa, tlhaho, kapa boemo bo bong.
Kakaretso e theiloeng ho Everyman’s United Nations
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]
Reuters/Bettmann Newsphotos