Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 12/8 maq. 2-3
  • Ho Hloka Bolulo—Bothata ba Lefatše Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hloka Bolulo—Bothata ba Lefatše Lohle
  • Tsoha!—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba se Nang Matlo Bothata ba Lefatše
    Tsoha!—1988
  • Ho Hloka Bolulo—Ho Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2005
  • Bana ba se Nang Mahae—Na ho na le Tharollo?
    Tsoha!—1990
  • Bana ba se Nang Mahae—Ke Mang ea Molato?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 12/8 maq. 2-3

Ho Hloka Bolulo—Bothata ba Lefatše Lohle

KA MONGOLI OA TSOHA! POLAND

“MAHLENA a nang le letsuka, a tšoehlang—a se nang thepa, a se nang mang oe! le a se nang letho!” Boo ke boikutlo bo feteletseng ka mokhoa o makatsang, empa ho latela baithaopi ba sebetsanang le batho ba hlokang bolulo Czestochowa, Poland, ke ka tsela eo batho ka tloaelo ba talimang batho ba se nang bolulo ka eona.

Ho latela tlaleho e ho The Economist lilemong tse seng kae tse fetileng, literateng tsa Ulaanbaatar, Mongolia, bana ba lulang literateng ba likete litoropong ba ne ba phela liphasejeng tse nkhang seputa, tse lebang tsamaisong ea likhoerekhoere kapa ea ho futhumatsa mehaho ea litoropo. Le hoja ba ile ba tšoha ha ba tseba ka bana bana ba se nang mahae, batho ba bangata ba Mongolia ba ile ba fihlela qeto ea hore boemo bona bo bile teng “hobane batho ba le botsoa haholo hore ba ka hlokomela bana ba bona,” ho rialo koranta eo.

Ka lehlakoreng le leng, bana ba lulang literateng ba bolaoa ka sehlōhō ke lihlopha tsa batho ba ipolelang ba le khahlanong le tlōlo ea molao empa ba inkela molao matsohong. Hobane’ng? Buka e ’ngoe ea Machaba a Kopaneng e ile ea hlalosa: “Latin America batho ba bangata ba sebetsang makhotleng, sepoleseng, mecheng ea litaba, khoebong, le sechabeng ka kakaretso ba lumela hore boitšoaro ba bana ba lulang literateng bo ka ba kotsi sechabeng se tsoetseng pele.” Oona mohloli oo o hlokometse: “Ka karolelano ho tlalehoa hore letsatsi le leng le le leng ho bolaoa bana ba lulang literateng ba bararo seterekeng sa Rio de Janeiro.”

Batho ba se nang bolulo “baa tšosa ba bile ba re hlokisa botsitso . . . , empa ke batho ba utloang bohloko ba tlala joaloka rōna feela. Ho na le ba bangata ba joalo, ’me ba hlile baa hloka.” Ho rialo mocha oa Inthanete o entsoeng ke baithaopi ba sebetsang le batho ba se nang matlo Czestochowa. Oona mohloli oo oa phaella: “Re tšepa hore . . . ho tla ba le batho ba tla arabela tlhokong ena e khōlō.” Hantle-ntle tlhoko ke efe, hona e khōlō hakae?

[Setšoantšo se leqepheng la 2, 3]

Sehlopha sa bana ba se nang bolulo se phelang tlaase mokoting ona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Jacob Ehrbahn/Morgenavisen Jyllands-Posten

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela