Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 3-9 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESDRASE 4–6
Le se ke la Sitisa Mosebetsi”
Na U Bona Seo Zakaria a se Boneng?
13 Mosebetsi oa ho tsosolosa tempele o ne o thibetsoe. Ho ntse ho le joalo, banna ba neng ba khethiloe hore ba etelle sechaba pele, e leng Moprista ea Phahameng Jeshua (Joshua) le ’Musisi Zorobabele ba ile “ba qala ho tsosolosa ntlo ea Molimo.” (Esdr. 5:1, 2) E ka ’na eaba Bajuda ba bang ba ne ba nahana hore qeto eo ha e utloahale. Bajuda ba ne ba ke ke ba khona ho pata hore ba ntse ba haha tempele ’me lira tsa bona li ne li tla leka kahohle ho ba thibela. Banna ba babeli ba neng ba etella pele e leng Joshua le Zorobabele, ba ne ba lokela ho kholiseha hore Jehova o ntse a ba thusa. Jehova o ile a ba kholisa joang?
w86 2/1 29, lebokose ¶2-3
Leihlo la Jehova ‘la Ipaka Hore le Holim’a Baholo’
Hoba masala a Bajuda a khutle Babylona, ho ile hoa kena nako ea ho se sebetse ea lilemo tse 16. Baprofeta Haggai le Zakaria ba khona ho sisinya Bajuda boiphapanyong ba bona, ’me mosebetsi oa ho tsosolosa tempele ea Jehova oa qaloa. Leha ho le joalo, mosebetsi ona oa phakisa oa phephetsoa ke ba boholong ba Persia. Bahanyetsi ba botsa: “Le laetsoe ke mang ho haha ntlo eo?”—Esdrase 5:1-3.
Karabelo ea potso ena e ne e le thata. Haeba baholo ba ne ba ka itumella hore ba tšosoe, ho tsosolosoa hoa tempele ho ne ho tla emisa hampe feela. Haeba baholo ba ne ba hanyetsa bana ba boholong, mosebetsi o ne o tla thibeloa ka potlako. Ka hona baholo (ntle ho pelaelo ba etelletsoe pele ke ’Musisi Zorobabele le Moprista e Moholo Joshua) ba fana ka karabelo e bohlale empa e le e molemo. Ba hopotsa ba boholong ka molao oo e neng e le khale o lebetsoe oa Cyruse o neng o neile Bajuda tumello ea borena ea hore ba tsoele pele ka mosebetsi ona. Basebeletsi bana, ba tseba mokhoa oa Persia oa ho se fetole molao o boletsoeng, ka bohlale bana ba boholong ba ikhethela ho qoba ho hanyetsa taelo ena ea borena. Ka hona mosebetsi oa lumelloa hore o tsoele pele ho fihlela Morena Dariuse hamorao a fana ka tumello ea hore ho tsoeloe pele!—Esdrase 5:11-17; 6:6-12.
Na U Bona Seo Zakaria a se Boneng?
7 Ka selemo sa 520 B.C.E., ho ile ha e-ba le phetoho e ileng ea thusa batho ba neng ba haha tempele. Dariuse oa pele e ile ea e-ba morena e mocha oa Persia. Ka selemo sa bobeli a busa, o ile a hlokomela hore taba ea hore Bajuda ba ne ba thibetsoe ho haha tempele e ne e se molaong. Dariuse o ile a re ba qetele ho haha tempele. (Esdr. 6:1-3) Le hoja qeto eo e ile ea makatsa batho bohle, morena o ne a ntse a tl’o fana ka litaelo tse ling. O ile a re batho ba khaotse ho hanyetsa Bajuda ’me ba ba fe lintho tseo ba li hlokang e le hore ba qetele ho haha tempele. (Esdr. 6:7-12) Kahoo, Bajuda ba ile ba qeta ho haha tempele ka selemo sa 515 B.C.E., e leng lilemo tse fetang tse ’nè hamorao.—Esdr. 6:15.
Na U Bona Seo Zakaria a se Boneng?
16 Tsela e ’ngoe hape eo Jehova a re tataisang ka eona ke ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Ka linako tse ling a ka le fa tataiso eo re sa e utloisiseng hantle. Ka mohlala, re ka ’na ra bolelloa hore na re etse’ng ho itokisetsa koluoa e itseng ea tlhaho ebe re nahana hore koluoa eo e ke ke ea etsahala sebakeng seo re lulang ho sona. Kapa re ka ’na ra nahana hore lekhoba le tšepahalang le hlokolosi haholo nakong ea seoa. Re lokela ho etsa’ng haeba re nahana hore litaelo tseo re li fuoang ha li utloahale? Re ka nahana kamoo ho mamela Joshua le Zorobabele ho ileng ha tsoela Baiseraele molemo kateng. Re ka boela ra nahana ka litlaleho tse ling tsa Bibele tseo re ileng ra li bala. Ka linako tse ling, bahlanka ba Molimo ba ile ba fuoa tataiso e neng e bonahala e sa utloahale empa e ile ea pholosa bophelo ba bona.—Baahl. 7:7; 8:10.
Matlotlo a Patiloeng
Na U ka Tšepa Bibele?
Chelete ena ea tšepe e entsoe Tarese, motse o karolong e ka boroa-bochabela ho seo e leng Turkey hona joale. Chelete ena ea tšepe e ile ea hlahisoa nakong ea puso ea ’musisi oa Persia Mazaeus lekholong la bone la lilemo B.C.E. E mo khetholla e le ’musisi oa profensi “e Mose Oane ho Noka,” ke hore, Noka ea Eufrate.
Empa ke hobane’ng ha poleloana eo e thahasellisa? Hobane u tla fumana tlhaloso e tšoanang ka Bibeleng ea hao. Esdrase 5:6–6:13 e bolela ka tumellano pakeng tsa morena oa Persia Dariuse le ’musisi ea bitsoang Thathnai. Ho neng ho etsahala e ne e le ho tsosolosoa ha tempele ea Bajode Jerusalema. Esdrase e ne e le mokopitsi ea masene oa Molao oa Molimo, ’me u ka lebella hore ebe o ile a nepisisa seo a se ngolang. U tla bona ho Esdrase 5:6 le 6:13 (NW) hore o ile a bitsa Thathnai “’musisi oa naha e mose oane ho Noka.”
Esdrase o ngotse seo hoo e ka bang ka 460 B.C.E., lilemong tse ka bang 100 pele chelete ena ea tšepe e etsoa. Ho na le batho bao mohlomong ba ikutloang hore polelo e khethehileng joalo e buang ka ’musi oa boholo-holo ke taba e nyenyane. Empa haeba u ka itšetleha ka bangoli ba Bibele esita le litabeng tse nyenyane joalo, na hoo ha hoa lokela ho eketsa tšepo ea hao linthong tse ling tseo ba li ngotseng?
LA 10-16 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESDRASE 7–8
“Boitšoaro ba Esdrase bo Ile ba Etsa Hore Jehova a Hlomphuoe”
Ho Ithuta—Hoa Putsa Ebile Hoa Thabisa
8 E, re lokela ho rata Lentsoe la Jehova ho tloha pelong, e leng setsi sa maikutlo. Re lokela ho thabela ho hanella litemaneng tse itseng tseo re sa tsoa li bala. Re lokela ho tebisa maikutlo mehopolong e itseng ea moea, re amehe ka ho teba ho eona, re be re e thuise. Sena se hloka hore re thuise re khutsitse re be re rapele. Joaloka Esdrase, ho hlokahala hore re lokisetse lipelo tsa rona ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ho ngotsoe tjena ka eena: “Etsoe Esdrase o ne a lokisitse pelo ea hae hore a bale molao oa Jehova le ho o phetha le ho ruta molao oa tsamaiso le toka Iseraele.” (Esdrase 7:10, NW) Hlokomela morero o hararo oo ka oona Esdrase a lokisang pelo ea hae: ho ithuta, ho phetha le ho ruta. Re lokela ho latela mohlala oa hae.
Buka ea Bibele ea 13—1 Likronike
5 Ha ho e mong ea neng a tšoaneleha hamolemo ho feta Esdrase bakeng sa ho hlophisa histori ena e tšepahalang e bileng e nepahetseng. “Hobane Esdrase o na a sekehetse pelo ea hae ho batla molao oa Jehova le ho etsa ka oona, le ho ruta ba-Iseraele melao le likahlolo.” (Esdr. 7:10) Jehova o ile a mo thusa ka moea o halalelang. ’Musi oa lefatše oa Mopersia o ile a hlokomela bohlale ba Molimo bo ho Esdrase ’me a mo fa matla a pharalletseng sechabeng seterekeng sa Juda se pusong ea hae. (Esdr. 7:12-26) Ka hona, Esdrase a fuoe matla a bomolimo le matla a maholo a bolaoli, o ne a ka hlophisa tlaleho ea hae ho tsoa litokomaneng tse molemohali tse neng li ka fumaneha.
it-1-E 1158 ¶4
Boikokobetso
Bo Etsa Hore Motho a Latele Tataiso e Nepahetseng. Molimo o tataisa batho ba ikokobeletsang eena. Esdrase o ile a fuoa boikarabelo bo boholo ba hore a etelle sechaba sa Iseraele pele ho tsoa Babilona ho ea Jerusalema. Ho ne ho e-na le banna ba ka holimo ho 1 500 ’me palo eo e ne e sa kenyeletsa baprista, Banethinime, basali le bana. Ho ekeletsa moo, ba ne ba nkile khauta le silevera tse ngata hore ba e’o khabisa tempele e Jerusalema. Le hoja leeto la bona le ne le tl’o ba kotsi, Esdrase ha aa ka a kopa morena oa Persia hore a ba fe masole a neng a tla tsamaea le bona hobane o ne a sa batle ho tšepa matla a motho. Lebaka ke hobane pejana o ile a re ho morena: “Molimo oa rona o na le bohle ba mo batlang.” Kahoo, o ile a laela batho hore ba itime lijo e le hore ba ka bontša hore ba ikokobeletsa Jehova. Ba ile ba kopa Molimo hore a ba thuse ka hore a ba sireletse khahlanong le lira tsa bona tse neng li ba laletse hore li ba ntše kotsi. Molimo o ile a ba thusa ’me ba ile ba fihla Jerusalema ba sireletsehile. (Esd 8:1-14, 21-32) Ha moprofeta Daniele a ntse a le botlamuoeng Babilona, ka boikokobetso o ile a kopa Molimo hore a mo tataise le ho mo fa bohlale ’me Molimo o ile a araba kopo ea hae ka hore a romele lengeloi ho eena.—Dan 10:12.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Esdrase
7:28–8:20—Ke hobane’ng ha Bajuda ba bangata ba neng ba le Babylona ba ile ba tsilatsila hore ba nyolohele Jerusalema le Esdrase? Le hoja ho ne ho fetile lilemo tse 60 sehlopha sa pele sa Bajuda se khutletse naheng ea habo sona, batho ba ne ba lula mona le mane feela Jerusalema. Ho khutlela Jerusalema ho ne ho tla bolela hore batho ba qalise bophelo bo bocha maemong a boima le a kotsi. Bajuda bao mohlomong ba neng ba ntse ba ateloa ke lintho ha ba le Babylona, ba ne ba ke ke ba fumana monyetla oa ho ba le tsona ka lebaka la maemo a neng a le Jerusalema. Lebaka le leng le neng le sa lokela ho lebaloa ke hore leeto leo le ne le le kotsi. Batho ba khutlelang Jerusalema ba ne ba lokela ho ba le tumelo e matla ho Jehova, ba chesehele borapeli ba ’nete ’me ba be le sebete sa ho kena leetong leo. Esita le Esdrase o ile a imatlafatsa ho ea ka letsoho la Jehova le neng le le holim’a hae. Ka mor’a ho khothatsoa ke Esdrase, malapa a 1 500—ao mohlomong a neng a e-na le batho ba 6 000—a ile a lumela ho kena leetong leo. Ka mor’a hore Esdrase a etse boikhathatso bo bong hape, Balevi ba 38 le Banethinime ba 220 le bona ba ile ba lumela ho tsamaea.
LA 17-23 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESDRASE 9–10
“Ho se Mamele ho Baka Masisa-pelo”
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Esdrase
9:1, 2—Ho nyallana le batho ba naha esele e ne e le kotsi e tebileng hakae? Sechaba se tsosolositsoeng se ne se lokela ho sireletsa borapeli ba Jehova ho fihlela Mesia a tla. Ho nyallana le baahi ba bang ho ne ho tla hlahisa kotsi ea sebele borapeling ba ’nete. Kaha ba bang ba ne ba kene lilekaneng tsa lenyalo le batho ba rapelang litšoantšo, qetellong sechaba sohle se ne se ka ’na sa tsoakana le lichaba tsa bohetene. Borapeli ba ’nete bo ka be bo ile ba fela tu! lefatšeng. Joale Mesia o ne a tla tla ho bo-mang? Hase feela Esdrase a neng a maketse ha a bona se neng se etsahetse!
Jehova o Batla Eng ho Rona?
Ho mamela Molimo ka boithatelo ho tla re tlisetsa litlhohonolofatso. Moshe o re: “U boloke litaelo . . . tseo ke u laelang tsona kajeno, molemong oa hao.” (Temana ea 13) Ruri taelo e ’ngoe le e ’ngoe ea Jehova—ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang hore re e etse—e molemong oa rona. Ho ne ho ke ke ha e-ba ka tsela e ’ngoe! Bibele e re “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Kahoo, o fane feela ka litaelo tseo a tsebang hore li tla re tsoela molemo ka ho sa feleng. (Esaia 48:17) Ho etsa sohle seo Jehova a batlang hore re se etse ho tla re qobisa matšoenyeho a mangata hona joale ’me ho tla etsa hore nakong e tlang re fumane litlhohonolofatso tse sa feleng Pusong ea hae.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Esdrase
10:3, 44—Ke hobane’ng ha ho ile ha lahloa bana hammoho le basali? Haeba bana ba ne ba tlohetsoe hore ba sale, ho ne ho ka ’na ha e-ba le monyetla o moholo oa hore basali ba lelekiloeng ba khutle ka lebaka la bana bao. Ho feta moo, ka tloaelo bana ba banyenyane ba lokela ho hlokomeloa ke bo-’m’a bona.
LA 24-30 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NEHEMIA 1-2
“Hang-hang ka Rapela”
Beha Jehova ka Pel’a Hao Kamehla
5 Ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore re rapelle thuso ea Molimo ka potlako. Ka lekhetlo le leng, Morena Artaxerxese oa Persia o ile a hlokomela hore moqhatsetsi oa hae Nehemia o ne a tepeletse. Morena o ile a mo botsa: “‘U batla ho fumana eng?’ Hang-hang [Nehemia a] rapela Molimo oa maholimo.” Nehemia o ile a tlameha ho khutsufatsa thapelo eo, eo ho bonahalang hore o ne a e etsetsa ka pelong. Leha ho le joalo, Modimo o ile a e araba hobane morena o ile a tšehetsa Nehemia hore a tsose marako a Jerusalema. (Bala Nehemia 2:1-8.) Ka sebele, le thapelo e khutšoanyane eo motho a e etsetsang ka pelong e ka arajoa.
Ho Bua U sa Bale Kemiso e Ngotsoeng
Ha u koptjoa hore u hlalose litumelo tsa hao ka tšohanyetso, ke eng e ka u thusang ho etsa hore litlhaloso tsa hao e be tse atlehang? Etsisa Nehemia, ea ileng a rapela a khutsitse pele a araba potso e neng e botsitsoe ke Morena Artaxerxerse. (Neh. 2:4) Ka mor’a moo, iketsetse kemiso ka kelellong kapele. Mehato ea motheo e ka ’na ea thathamisoa ka tsela ena: (1) Khetha ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse lokelang ho akarelletsoa tlhalosong eo (u ka ’na ua khetha ho sebelisa lintlha tse leng bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo). (2) Etsa qeto hore na u tla sebelisa mangolo afe ho tšehetsa lintlha tseo. (3) Rera kamoo u tla qala tlhaloso ea hao ka masene kateng e le hore motho ea botsang a be le thahasello ea ho mamela. Joale qala ho bua.
Matlotlo a Patiloeng
Borapeli ba ’Nete Boa Hlola
Che, hobane boemo ba lesupi ba Jerusalema e ne e bile lebaka la lithapelo tsa Nehemia “motšehare le bosiu” ka nako e batlang e le telele. (1:4, 6) Eare ha a fuoa monyetla oa ho bolella Morena Artaxerxese ka takatso ea hae ea ho tsosolosa marako a Jerusalema, Nehemia a boela a rapela, kahoo a etsa seo a ’nileng a se pheta khafetsa. Karabelo e molemo ea Jehova ea fella ka taelo ea hore marako a motse a tsosolosoe.
Thuto ho Rona: Nehemia o ile a talima ho Jehova bakeng sa tataiso. Le rona ha re tobane le liqeto tse boima, re lokela ‘ho tiea thapelong’ ’me re nke bohato tumellanong le tataiso ea Jehova.—Baroma 12:12.
.
LA 31 JULY–LA 6 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NEHEMIA 3-4
“Na U Nahana Hore Mesebetsi e Fatše ha e U Tšoanele?”
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Nehemia
3:5, 27. Ha rea lokela ho eisa mosebetsi oa matsoho o etsoang molemong oa borapeli ba ’nete, joalokaha ho ile ha etsa “ba hlomphehang” ba Tekooa. Ho e-na le hoo, re ka etsisa Batekooa ba boemo bo tlaase ba ileng ba ithaopa ka boitelo.
Jehova o Tla Etsa Hore U mo Sebeletse Joang?
11 Lilemo tse makholo hamorao, barali ba Shalume ba ne ba le har’a batho bao Jehova a ileng a ba sebelisa ho lokisa marako a Jerusalema. (Neh. 2:20; 3:12) Le hoja Shalume e ne e le khosana, barali ba hae ba ne ba ikemiselitse ho etsa mosebetsi oo o thata le o kotsi. (Neh. 4:15-18) Ba ne ba sa tšoane ho hang le banna ba hlomphehang ba Batekooa ba sa kang ba kenya letsoho mosebetsing o neng o etsoa. (Neh. 3:5) U nahana hore barali ba Shalume ba ile ba ikutloa joang ha mosebetsi oa ho haha lerako o fela ka matsatsi a 52 feela? (Neh. 6:15) Le mehleng ena, ho na le baralib’abo rona ba ikemiselitseng ho etsetsa Jehova tšebeletso e khethehileng, e kang ho ba kahong le mafapheng a lokisang mehaho e sebelisoang bakeng sa borapeli ba Jehova. Re hloka barali bana babo rona ba nang le boiphihlelo, ba chesehang le ba tšepahalang e le hore mosebetsi ona o atlehe.
Ho Hlaolela Pono e Kang ea Kreste ka Boholo
16 Bakreste bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba lokela ho leka ho hlaolela pono e kang ea Kreste ka boholo. Ho na le mesebetsi e sa tšoaneng e lokelang ho etsoa ka phuthehong. U se ke ua khopeha ha u koptjoa hore u etse lintho tse ka ’nang tsa bonahala e le tsa boemo bo tlaase. (1 Samuele 25:41; 2 Marena 3:11) Batsoali, na le khothalletsa bana ba lona ba tlaase lilemong le ba lilemong tsa bocha hore ba sebetse ba thabile ha ba fuoa kabelo leha e le efe, ebang ke Holong ea ’Muso, lebaleng la kopano e nyenyane kapa e kholo? Na ba le bona le etsa mesebetsi e tlaase? Mor’abo rona e mong, eo hona joale a sebeletsang ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova, o sa hopola ka ho hlaka mohlala oa batsoali ba hae. O ile a re: “Tsela eo ba neng ba sebetsa ka eona ha ho hloekisoa Holo ea ’Muso kapa sebaka sa kopano e ile ea nthuta hore ba nka hoo e le habohlokoa. Ba ne ba atisa ho ithaopela ho etsa mesebetsi e etsetsoang phutheho kapa mokhatlo oa bara ba motho, ho sa tsotellehe hore na mesebetsi eo e ka ’na ea bonahala e le ea boemo bo tlaase hakae. Boikutlo bona bo nthusitse hore ke ithaopele ho amohela mosebetsi leha e le ofe oo ke o abeloang mona Bethele.”
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Nehemia
4:17, 18—Motho o ne a ka kopanela mosebetsing oa ho tsosolosa joang a sebetsa ka letsoho le le leng? Ho ne ho ke ke ha e-ba thata hore bajari ba meroalo ba hahe ka letsoho le le leng. Ba ne ba ka roala moroalo habonolo hloohong kapa ba o jara mahetleng, ebe ba o tšoara ka letsoho le le leng “ha letsoho le leng le . . . tšoere lerumo.” Lihahi tse neng li lokela ho sebelisa matsoho a mabeli, “li ne li hlometse, se seng le se seng ka sabole lethekeng la sona, ha li ntse li haha.” Lihahi le bajari ba meroalo ba ne ba loketse ho loana haeba lira li ka hlasela.
LA 7-13 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NEHEMIA 5-7
“Nehemia o ne a Amehile ka ho Thusa Batho ba Bang Eseng ho Sebeletsoa”
Batšehetsi ba Borapeli ba ’Nete Nakong e Fetileng le Kajeno
Nehemia ha aa ka a sebelisa nako ea hae le tsebo ea hae ea tlhophiso feela. O ile a sebelisa le matlotlo a hae ho tšehetsa borapeli ba ’nete. O ile a sebelisa chelete ea hae ho rekolla barab’abo ba Bajuda bokhobeng. O ile a alimana ka chelete ntle ho tsoala. Le hoja e ne e le ’musisi, ha aa ka a ‘imetsa’ Bajuda ka hore a lefuoe, e leng seo a neng a e-na le tokelo ea sona. Ho e-na le hoo, “banna ba lekholo le mashome a mahlano, le ba tlang ho rona ba tsoa lichabeng tse neng li re potolohile” ba ne ba e-ja ha hae. Letsatsi ka leng o ne a hlabela baeti ba hae “poho e le ’ngoe, linku tse tšeletseng tse khethiloeng le linonyana.” Ho phaella moo, ka mor’a matsatsi a leshome o ne a ba fa “veine ea mofuta o mong le o mong ka bongata.”—Nehemia 5:8, 10, 14-18.
‘Matsoho a Hao a se ke a Tepella’
16 Jehova o ile a matlafatsa Nehemia le bo-mphato ba hae hore ba phethe mosebetsi. Kahoo, ba ile ba nka matsatsi a 52 feela ho tsosolosa marako a Jerusalema! (Neh. 2:18; 6:15, 16) Nehemia o ne a sa tsamaise mosebetsi feela. O ile a kenya letsoho ka ho toba mosebetsing oa ho tsosolosa marako a Jerusalema. (Neh. 5:16) Baholo ba bangata ba lerato ba etsisa Nehemia ka hore ba ithaopele ho thusa mosebetsing oa kaho kapa ho hloekiseng Holo ea ’Muso le ho e boloka e le boemong bo botle. Ba boetse ba matlafatsa ba lipelo li tšoenyehileng ka hore ba sebetse le bona tšimong le ho ba etsetsa maeto a bolisa.—Bala Esaia 35:3, 4.
Jehova o Tla U Hopola Joang?
Ka ho tšoanang, Bibele e bontša hore ho Molimo, “ho hopola” ho bolela ho nka bohato bo loketseng. Ka mohlala, ka mor’a hore lefatše le tlale metsi a moroallo ka matsatsi a 150, “Molimo a hopola Noe . . . , ’me Molimo a fetisa moea holim’a lefatše, eaba metsi a qala ho kokobela.” (Genese 8:1, NW) Lilemo tse makholo ka mor’a moo, ha Bafilista ba se ba foufalitse Samsone ba bile ba mo fasitse ka liketane, o ile a rapela: “Jehova, ka kopo, nkhopole, ’me ka kopo, u ’matlafatse, hanngoe feela lekhetlong lena.” Jehova o ile a hopola Samsone ka ho mo fa matla a phahametseng a motho e le hore a ka iphetetsa ho lira tsa Molimo. (Baahloli 16:28-30, NW) Ha e le Nehemia, Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba hae, ’me borapeli ba ’nete bo ile ba tsosolosoa Jerusalema.
Matlotlo a patiloeng
“U ’ne U Hlole Bobe ka Botle”
15 La boraro, lira tsa Nehemia li ile tsa sebelisa moeki oa Moiseraele, e leng Shemaia, hore a leke ho etsa hore Nehemia a tlole Molao oa Molimo. Shemaia o ile a re ho Nehemia: “A re kopane ka taetsano ntlong ea Molimo oa ’nete, ka har’a tempele, ’me re koale mamati a tempele; etsoe ba tlil’o u bolaea.” Shemaia o ile a re Nehemia o ne a le kotsing ea ho bolaoa empa o ne a ka boloka bophelo ba hae ka ho ipata ka tempeleng. Empa Nehemia e ne e se moprista. O ne a tla be a etsa sebe ka ho ipata ka ntlong ea Molimo. Na o ne a tla tlola Molao oa Molimo e le hore a leke ho boloka bophelo ba hae? Nehemia o ile a re: “Ke mang ea joaloka ’na ea neng a ka kena ka tempeleng eaba oa phela? Nke ke ka kena!” Ke hobane’ng ha Nehemia a sa ka a oela lerabeng leo a neng a le chehetsoe? Ke hobane o ne a tseba hore le hoja Shemaia e ne e le Moiseraele, “o ne a sa rongoa ke Molimo.” Ha e le hantle, moprofeta oa ’nete o ne a ke ke a mo eletsa hore a tlole Molao oa Molimo. Hape, Nehemia ha aa ka a lumela hore a hloloe ke bahanyetsi ba hae ba khopo. Nakoana ka mor’a moo o ne a ka tlaleha a re: “Qetellong lerako [le ile] la phethoa ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e mehlano la Elule, ka matsatsi a mashome a mahlano a metso e ’meli.”—Nehemia 6:10-15; Numere 1:51; 18:7.
LA 14-20 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NEHEMIA 8-9
“Thabo eo Jehova a re Fang Eona ea re Matlafatsa”
Seo re Ithutang Sona Thapelong e lokiselitsoeng Hantle
2 Bajuda ba ne ba sa tsoa qeta ho tsosolosa marako a Jerusalema khoeli pele ho pokano e boletsoeng ka holimo. (Neh. 6:15) Bahlanka ba Molimo ba ile ba phetha mosebetsi oo ka matsatsi a 52 feela ’me ka mor’a moo ba tsoela pele ho itlhokomela moeeng. Kahoo, ka letsatsi la pele la khoeli e ncha ea Tishri, ba ile ba bokana lebaleng la sechaba ho tla mamela Esdrase hammoho le Balevi ba bang, ha ba balla holimo Molao oa Molimo ba bile ba o hlalosa. Litho tsohle tsa malapa ho akarelletsa le “bohle ba kelello ka ho lekaneng hore ba ka mamela,” li ile tsa ema ’me tsa mamela “ho tloha ka meso ho fihlela har’a motšehare.” Ke mohlala o motle hakaakang ho rona bao kajeno re nang le Liholo Tsa ’Muso tsa boemo bo botle! Leha ho le joalo, na ka linako tse ling ha u le libokeng kelello ea hao e ea lelera ebe u qala ho nahana ka lintho tseo e seng tsa bohlokoa? Haeba ho joalo, nahana hape ka mohlala oa Baiseraele bao ba boholo-holo ba ileng ba mamela ba ba ba tebisetsa seo ba neng ba ithuta sona pelong hoo ba ileng ba lla ka lebaka la hore ebe ba hlolehile ho mamela Molao oa Molimo e le sechaba.—Neh. 8:1-9.
Na U Tla ‘’ne U Tsamaee ka Moea’?
9 Thabo ke boemo ba nyakallo e kholo. Jehova ke “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11; Pesaleme ea 104:31) Mora o thabela ho etsa thato ea Ntat’ae. (Pesaleme ea 40:8; Baheberu 10:7-9) ’Me “thabo ea Jehova ke qhobosheane ea [rona].”—Nehemia 8:10.
10 Thabo eo re e fuoeng ke Molimo e etsa hore re khotsofale haholo ha re etsa thato ea Molimo esita le linakong tse thata, tsa ho siama kapa tsa mahloriso. Ka sebele “tsebo ea Molimo” e re thabisa haholo. (Liproverbia 2:1-5) Hore kamano ea rona le Molimo e be e thabisang, re lokela ho ba le tsebo e nepahetseng le tumelo ho eena le sehlabelong sa thekollo sa Jesu. (1 Johanne 2:1, 2) Ho ba karolo ea mokhatlo o le mong feela oa ’nete oa bara ba motho ke sesosa se seng sa thabo. (Sofonia 3:9; Hagai 2:7) Re thabisoa ke tšepo ea rona ea ’Muso le tokelo e babatsehang ea ho bolela litaba tse molemo. (Matheu 6:9, 10; 24:14) Re boetse re thabisoa ke tšepo ea bophelo bo sa feleng. (Johanne 17:3) Kaha re na le tšepo e joalo e hlollang, ‘ho rona e lokela ho ba thabo feela.’—Deuteronoma 16:15, Bibele—Phetolelo e Ncha.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 145 ¶2
Searame
Lilemo ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng Babilona, moprista Esdrase o ile a balla Bajuda ba neng ba bokane Jerusalema buka ea Molao ’me Balevi ba ile ba o hlalosa. Nehemia 8:8 e re: “Ba tsoela pele ho bala Molao oa Molimo oa ’nete o bukeng ka lentsoe le phahameng, ba o hlalosa le ho hlakisa hore na o bolela’ng. Kahoo, ba thusa batho hore ba utloisise se neng se baloa.” E ka ’na eaba ba ne ba o hlalosa le ho o hlakisa ka hore ba hlalose mantsoe a Sejuda ka Searame seo e ka ’nang eaba Bajuda ba ile ba tloaela ho se bua ha ba le Babilona. Ho ka etsahala hore ebe Molao ona o ne o boetse o hlalosoa hore o utloahale haholoanyane e le hore Bajuda bohle ho akarelletsa le ba neng ba utloisisa Seheberu, ba be le kutloisiso e hlakileng ea se neng se baloa.
LA 21-27 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NEHEMIA 10-11
“Ba Ile ba Itella ho Sebeletsa Jehova”
Jerusalema e Phelelang Lebitso la Eona
13 “Tokisetso e tšepahalang” e ileng ea tiisoa mehleng ea Nehemia e ile ea lokisetsa batho ba Molimo ba mehleng ea boholo-holo letsatsi la ho khakoloa ha lerako la Jerusalema. Empa taba e ’ngoe e potlakileng e ne e ntse e hloka tlhokomelo. Kaha e ne e se e pota-potiloe ke lerako le leholo le nang le liheke tse 12, Jerusalema e ne e hloka baahi ba bangata haholoanyane. Le hoja Baiseraele ba bang ba ne ba lula moo, “motse o no o le batsi, o le moholo, empa sechaba sa teng se ne se se sekae.” (Nehemia 7:4) E le ho rarolla bothata bona, batho ba ile ba “lahla lotho e le ho tlisa a le mong ho ba bang le ba bang ba leshome hore a lule Jerusalema motseng o halalelang.” Karabelo ea boithatelo tokisetsong ena e ile ea susumetsa sechaba hore se ‘hlohonolofatse banna bohle ba ileng ba ithaopela ho lula Jerusalema.’ (Nehemia 11:1, 2, NW) Ke mohlala o motle hakaakang ho barapeli ba ’nete kajeno bao maemo a bona a ba lumellang ho fallela moo ho nang le tlhokahalo e kholo ea thuso ea Bakreste ba holileng tsebong!
Borapeli ba ’Nete Boa Hlola
Ho siea lefa le ho fallela Jerusalema ho ka be ho bakile litšenyehelo tse itseng. Ba neng ba phela motseng oo le bona e ne e ka ’na eaba ba ne ba bulehetsoe ke likotsi tse sa tšoaneng. Tlas’a maemo a joalo, ba bang ba ile ba talima baithaopi e le ba lokeloang ke tlotliso ’me ntle ho pelaelo ba ba rapella hore Jehova a ba hlohonolofatse.
Molimo o Amohela ba Tšepahalang
15 Ha re inehela ho Jehova, re ile ra mo tšepisa hore re tla etsa thato ea hae ka linako tsohle. Re ne re tseba hore hase kamehla ho tla ba bonolo ho phethahatsa tšepiso eo. Empa re itšoara joang ha re koptjoa hore re etse ntho eo re sa e rateng? Haeba re ikemiselitse re bile re ithaopela ho mamela Molimo, re bontša hore re tšepahalla tšepiso eo re e entseng. Mahlabelo a rona a ka ’na a re utloisa bohloko, empa kamehla litlhohonolofatso tsa Jehova li ba ngata. (Malakia 3:10) Joale re ithuta’ng mohlaleng oa morali oa Jafeta? O ile a itšoara joang ha a utloa tšepiso eo ntate oa hae a e entseng?
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Nehemia
10:34—Ke hobane’ng ha batho ba ne ba lokela ho tlisa patsi? Nyehelo ea patsi e ne e sa akarelletsoa Molaong oa Moshe. Nyehelo eo e ile ea etsoa feela ka lebaka la tlhoko e neng e le teng. Ho ne ho hlokahala patsi e ngata e le hore ho ka chesoa mahlabelo aletareng. Kamoo ho neng ho le kateng, Banethinime bao e neng e se Baiseraele ba neng ba sebeletsa e le makhoba a tempele ba ne ba fokola ka palo. Kahoo, ho ne ho lahloa lotho e le hore ho tiisoe hore patsi e lula e le teng.
LA 28 AUGUST–LA 3 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NEHEMIA 12-13
“Tšepahalla Jehova ha U Khetha Metsoalle”
it-1-E 95 ¶5
Baamone
Kamor’a hore Tobia a tebeloe mabaleng a tempele, molao oa Molimo o hlahang ho Deuteronoma 23:3-6 o thibelang Baamone le Bamoabe ho kena ka phuthehong ea Iseraele o ile oa baloa ’me oa kengoa tšebetsong. (Ne 13:1-3) Thibelo ena e ne e ile ea etsoa lilemo tse 1,000 tse fetileng ha Baamone le Bamoabe ba ne ba hana ho thusa Baiseraele ha ba le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Sena se ne se bolela hore ba ne ba ke ke ba fumana tumello ea molao ea ho ba karolo ea Baiseraele le ho fumana litokelo tseo ba neng ba ka ba le tsona ka lebaka la tumellano eo. Leha ho le joalo, sena se ne se sa bolele hore Baamone le Bamoabe ba ne ba ke ke ba tloaelana le Baiseraele kapa hona hore ba ka lula Iseraele e le hore ba ka rua molemo ho batho ba Jehova ’me sena se bonahala mohlaleng oa Zeleke eo e neng e le mohlabani ea matla oa Davida le tlalehong ea Ruthe oa Momoabe.—Ru 1:4, 16-18.
Le Halalelitsoe
5 Bala Nehemia 13:4-9. Kaha re pota-potiloe ke lintho tse ka re susumetsang hampe, ha ho bonolo hore re lule re halalela. Ak’u nahane ka Eliashibe le Tobia. Eliashibe e ne e le moprista ea phahameng ’me ho ka etsahala hore ebe Tobia e ne e le Moammone e bile e le mohlanka oa boemo bo tlaase pusong ea Persia e neng e laola Judea. Tobia le bo-mphato’ae ba ne ba le khahlanong le boiteko ba Nehemia ba ho tsosolosa marako a Jerusalema. (Neh. 2:10) Baammone ba ne ba sa lumelloa ho kena mabaleng a tempele. (Deut. 23:3) Kahoo, ke hobane’ng ha moprista ea phahameng a ne a ka lumella monna ea kang Tobia hore a lule sebakeng sa ho jela se ka tempeleng?
6 Ho bonahala Tobia le Eliashibe ba ne ba amana. Tobia le mor’a hae Johanane ba ne ba nyetse basali ba Bajuda, ’me Bajuda ba bangata ba ne ba bua Tobia hantle. (Neh. 6:17-19) Setloholo sa Eliashibe, Manase, o ne a nyetse morali oa Sanbalate, e leng Mosamaria eo e neng e le e mong oa metsoalle ea Tobia ea hlooho ea khomo. (Neh. 13:28) E ka ’na eaba ke ka lebaka la maqhama ana a lelapa Moprista ea Phahameng Eliashibe, a ileng a itumella hore a susumetsoe ke motho ea sa lumelang, oa mohanyetsi. Empa Nehemia o ile a bontša ho tšepahala ho Jehova ka hore a lahlele thepa eohle ea Tobia ka ntle ho sebaka sa ho jela se ka tempeleng.
Ho Thulana le Phephetso ea Botšepehi bo sa Sekisetseng
6 Haeba re tšepahala ka ho sa sekisetseng ho Jehova Molimo, re tla qoba ho etsa setsoalle le bohle bao e leng lira tsa hae. Ke ka lebaka leo morutuoa Jakobo a ileng a ngola: “Basali ba bafebi, na ha le tsebe hore botsoalle le lefatše ke bora ho Molimo? Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.” (Jakobo 4:4) Re batla ho ba le botšepehi bo sa sekisetseng bo ileng ba bontšoa ke Morena Davida ha a ne a re: “Jehova, ha ke re, ke hloile ba u hloileng? Ha ke re, ke halefetse ba u phahamelang? Ke ba hloile ka hloeo ea sebele, ho ’na ke lira.” (Pesaleme ea 139:21, 22) Ha re batle ho etsa setsoalle le moetsalibe ofe kapa ofe oa ka boomo, hobane ha ho letho leo re tšoanang le bona ka lona. Na botšepehi bo sa sekisetseng ho Molimo bo ne bo ke ke ba re thibela ho etsa setsoalle le lira leha e le life tse joalo tsa Jehova, ebang ke ka seqo kapa ka thelevishene?
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 452 ¶9
’Mino
Tempeleng, ’mino o ne o le bohlokoa. Ho na le bopaki ba Mangolo tabeng ena. Hape taba ea hore ebe libini li ne li lokolotsoe mesebetsing e meng e le hore li ka shebana le mosebetsi oa ho bina feela, le eona e bontša hore ’mino o ne o le bohlokoa tempeleng. (1Kr 9:33) Taba ea hore libini tseo li ile tsa boleloa e le sehlopha se ikemetseng ho batho ba neng ba tsoa Babilona e bontša hore li ile tsa tsoela pele e le sehlopha se khethehileng sa Balevi. (Esd 2:40, 41) Esita le Artaseksese morena oa Persia o ile a bua ka tsona ha a laela hore tsona le lihlopha tse ling tse khethehileng li se ke tsa batloa lekhetho ho hang kapa hore li lefelle ho sebelisa tsela. (Esd 7:24) Hamorao, morena o ile a laela hore libini li fuoe “lintho tse itseng ho latela litlhoko tsa tsona tsa letsatsi le letsatsi.” Ho ka etsahala hore ebe taelo ena e ile ea fanoa ke Esdrase ka matla ao aa fuoeng ke Artaseksese le hoja e tsebahala e le taelo ea Artaseksese. (Ne 11:23; Esd 7:18-26) Ke ho utloahalang hore e be le hoja libini e ne e le Balevi, Bibele e bua ka bona e le sehlopha se khethehileng ha e re “libini le Balevi.”—Ne 7:1; 13:10.