Esaia
30 Jehova o re: “Ho madimabe bana ba manganga,+
Ba phethang merero eo e seng ya ka,+
Ba etsang dilekane* empa ba sa tataiswe ke moya wa ka
E le hore ba phaelle sebe ka sebe.
2 Ba theohela Egepeta+ ba sa bua le nna,*+
Ho batla tshireletso ho Faro*
Le ho tshabela moriting wa Egepeta.
3 Empa tshireletso e tswang ho Faro e tla ba swabisa
Mme setshabelo moriting wa Egepeta e be sesosa sa ho tlotloloha.+
5 Kaofela ba tla swabiswa
Ke batho ba sa ba tlisetseng molemo,
Ba sa ba thuseng ka letho,
Ba tla ba hlabisa dihlong le ho ba tlotlolla feela.”+
6 Phatlalatso e tobisitsweng ho diphoofolo tsa borwa:
Naheng ya mahlomola le mathata,
Naheng ya tau, tau e rorang,
Ya marabe le noha e lebelo e tjhefo,*
Ba tlama maruo a bona hodima ditonki
Le dimpho tsa bona diloteng tsa dikamele.
Empa dintho tsena di ke ke tsa tswela batho molemo.
7 Thuso ya Egepeta ke ya lefeela.+
Ka hoo, ke e bitsitse “Rahaba+ ya dulang a tsitsitse.”
8 Jwale eya o ngole phatlalatso ena letlapeng ba le teng
Mme o e ngole bukeng+
E le hore e tle e sebetse nakong e tlang
E le bopaki bo tla dula bo le teng.+
10 Ba re ho baprofeta, ‘Le se ke la bona’
Yaba ba re ho ba bonang dipono, ‘Le se ke la re bolella dintho tsa nnete tseo le di boneng.+
Re bolelleng dintho tse re thabisang.* Re profeteleng dintho tsa bohata.+
11 Kgelohang tsela. Fapohang tsela.
Kgaotsang ho beha Mohalaledi wa Iseraele ka pela rona.’+
12 Ka hoo, Mohalaledi wa Iseraele o re:
13 Ka lebaka leo, phoso ya lona e tla tshwana le lerako le petsohileng.
E tshwane le lerako le phahameng le sekameng,
Le tla wa hanghang, ka tshohanyetso.
14 Le tla pshatleha jwalo ka nkgo e kgolo ya sebopi,
E pshatlehileng hoo ho ke keng ha eba le leqhetswana le salang
Leo ho ka bokellwang mollo ifo ka lona
Kapa ha kguwa metsi qanthaneng.”*
15 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, Mohalaledi wa Iseraele, o re:
“Haeba le kgutlela ho nna mme le phomola le tla pholoswa.
Haeba le kgoba matshwafo mme le ntshepa le tla ba matla.”+
Empa le hanne.+
16 Le itse: “Tjhe, re tla baleha re palame dipere.”
Ka hoo le tla baleha.
“Re tla palama dipere tse lebelo.”+
Ka hoo, ba le lelekisang ba tla tla ka potlako.+
17 Batho ba sekete ba tla thothometswa ke ditshoso tsa motho a le mong.+
Le tla baleha ka lebaka la ditshoso tsa ba bahlano
Ho fihlela ba setseng ba lona ba le jwalo ka palo e emeng e le nngwe tlhorong ya thaba
Le jwalo ka folakga leralleng.+
Jehova ke Modimo wa toka.+
Ho thaba bohle ba mo letetseng.*+
19 Ha batho ba dula Sione e Jerusalema,+ ho hang o ke ke wa lla.+ Ruri o tla o hauhela ha o lla o kopa thuso. Hang ha a utlwa seboko sa hao, o tla o araba.+ 20 Le hoja Jehova Morupedi wa lona e Moholo a tla le fa bohobe ba mahlomola le metsi a kgatello,+ ha a sa tla hlola a ipata mme le tla bona Morupedi wa lona e Moholo.+ 21 Le tla utlwa lentswe ka mora lona le reng, “Tsela ke ena.+ Tsamayang ho yona,” le se ke la ya ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi.+
22 Le tla silafatsa ditshwantsho tsa lona tse betlilweng tse pentilweng ka silevera le diemahale tsa tshepe tse pentilweng ka kgauta.+ Le tla di lahla jwalo ka lesela le ditshila* mme le re ho tsona, “Tlohang mona!”*+ 23 O tla le nesetsa pula bakeng sa peo eo le e jalang mobung.+ Bohobe bo hlahiswang ke lefatshe bo tla ba bongata mme bo be le dimatlafatsi.*+ Letsatsing leo, diphoofolo tseo le di ruileng di tla fula makgulong a maholo.+ 24 Dikgomo le ditonki tse lemang naha di tla ja furu e nokilweng ka sorele, e olositsweng ka kgarafu le fereko. 25 Dithabeng tsohle tse telele le maralleng ohle a phahameng, ho tla ba le melapo le diforo tsa metsi+ letsatsing la polao e kgolo ha ditora di wa. 26 Kganya ya kgwedi e tolokileng e tla tshwana le kganya ya letsatsi. Mohla Jehova a tlamisang leqeba la batho ba hae+ mme a fodisa leqeba le lebe le bakilweng ke kotlo ya hae,+ kganya ya letsatsi e tla eketswa hasupa jwalo ka kganya ya matsatsi a supileng.+
Molomo wa hae o tletse kgalefo,
Leleme la hae le tshwana le mollo o timetsang.+
28 Phefumoloho* ya hae e tshwana le molapo o phoroselang o fihlang molaleng
Hore a sisinye ditjhaba ka sefeng e bolayang.*
Batho ba tla ba le tomo mehlahareng ya bona+ e tla ba kgelosa.
29 Empa pina ya lona e tla ba jwalo ka e binwang bosiu
Dipelo tsa lona di tla thaba jwalo ka motho
Ya tsamayang a letsitse lekodilo,
A le tseleng e lebang thabeng ya Jehova, Lefika la Iseraele.+
30 Jehova o tla etsa hore lentswe la hae le matla+ le utluwe,
A etse hore ba bone ha letsoho la hae+ le theoha le hlasela ka bohale bo tukang,+
Ka lelakabe la mollo o timetsang,+
31 Baasiria ba tla tshoswa ke lentswe la Jehova.+
O tla ba otla ka molamu.+
32 Nako le nako ha Jehova a otla Baasiria
Ka molamu wa hae o otlang,
Ho tla thoholetswa ka meropa e menyenyane le diharepa+
Ha a ntse a tsoka letsoho la hae kgahlanong le bona ntweng.+
33 Tofethe*+ ya hae e se e hlophilwe.
E boetse e hlophetswe morena.+
Sekoti seo a se entseng bakeng sa qubu ya patsi se tebile ebile se sephara,
Mollo le patsi di ngata.
Phefumoloho ya Jehova e tla tjhesa Tofethe
Jwalo ka molapo o phoroselang wa sebabole.