Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwyp sehlooho 124
  • Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Qoqang ka Yona Jwang?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Qoqang ka Yona Jwang?
  • Batjha ba a Botsa
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ke hobaneng ha ke lokela ho bua le batho re shebane mahlong?
  • Nka qala moqoqo jwang?
  • Eba Motho wa Batho
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • Nka Sebetsana Jwang le ho ba Dihlong?
    Batjha ba a Botsa
  • Qoqa ka Dintho Tse Tlwaelehileng
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding—Qala Moqoqo ka Tsela e ka Etsang Hore o Pake
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
Bala Tse Ding
Batjha ba a Botsa
ijwyp sehlooho 124
Motjha o bua le ba bang ba bana bao a kenang sekolo le bona nakong ya dijo tsa motshehare.

BATJHA BA A BOTSA

Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Qoqang ka Yona Jwang?

Seo re tlo ithuta sona sehloohong sena

  • Ke hobaneng ha ke lokela ho bua le batho re shebane mahlong?

  • Nka qala moqoqo jwang?

  • Seo batjha ba bang ba se buang

Ke hobaneng ha ke lokela ho bua le batho re shebane mahlong?

Batho ba bang ba re ba ka mpa ba bua le batho ka ho ba ngolla melaetsa ho ena le ho bua le bona ba ba shebile mahlong. Ba re ho bua le motho o mo shebile ka mahlong ho thata.

“O ba tlasa kgatello ha o bua le motho difahleho di tadimane hobane le ha o ka bua ntho e mpe, o se a e utlwile.”​—⁠Anna.

“Ha o ngolla motho molaetsa, o mo ngolla ntho eo o e nahanneng hantle ebile o tiisehile ka yona. Empa ha o bua le yena o mo shebile ka mahlong, ha o ka bua ntho e fosahetseng, ha o na monyetla wa ho e lokisa jwalo ka ha o mo ngolla molaetsa. Ha ke bua le motho re shebane ka mahlong, ke dula ke tshwenyehile ka hore ke se ke ka mpa ka bua ntho e fosahetseng!”​—⁠Jean.

Ho na le nako eo o tla lokela hore o bue le batho o ba shebile ka mahlong. Ka mohlala, o tlo lokela hore o bue le batho o ba shebile ka mahlong ha o batla mosebetsi, ha o batla ho etsa metswalle le nakong eo o seng o batla motho.

Se thabisang ke hore ha ho hlokahale hore o tshohe ha o bua le batho o ba shebile ka mahlong. O ka kgona le hoja o le dihlong.

Globe.

Keletso: O se ke wa tshwenyeha ka hore o tla etsa diphoso. Ho ithuta ho buisana le batho, ho tshwana feela le ha o ithuta ho palama baesekele. Ke nnete hore o ka nna wa etsa diphoso ha o ntse o qala ho ithuta empa qetellong o tla atleha.

“Ka dinako tse ding, o tla bua ntho e swabisang ebe o hlajwa ke dihlong empa ha se ntho eo o lokelang hore o itshwenye haholo ka yona eo.”​—⁠Neal.

Nka qala moqoqo jwang?

  • Botsa dipotso. Nahana ka ntho eo o ka buang ka yona le batho e thahasellisang ebe o e etsa moqoqo. Ka mohlala:

    “Na ho na le moo o ileng wa tjhakela ha dikolo di kwetswe?”

    “Na o kile wa e bona websaete ee?”

    “Na ebe o utlwile . . . ?”

    O ka kgetha ho bua ka ntho eo le tshwanang ka yona. Ka mohlala, haeba ke motho eo o kenang sekolo le yena kapa eo o sebetsang le yena, o ka mo botsa ka dintho tse amanang le mosebetsi kapa sekolo.

    Batjha ba babedi ba bua ka bolo nakong eo ba ntseng ba ja dijo tsa motshehare.

    “Nahana ka dipotso tsa dintho tseo o di thahasellang le tseo o ka ratang ho utlwa hore na batho ba bang ba di nahana jwang.”​—⁠Maritza.

    Globe.

    Keletso: Ho botsa dipotso tse kang tsena, e ka ba mokgwa o motle wa ho qadisa moqoqo. Haeba ho kgoneha, botsa dipotso tse sa hlokeng karabo ya E! kapa Tjhe! feela. Ka mohlala, mohlomong motho a ka araba hantle haholo haeba o ka mo botsa hore na o ratile eng nthong eo le neng le shebeletse ho feta ha o ka mo botsa feela hore na o e thabetse.

    Hlokomela: O se ke wa botsa batho dipotso tse ngata haholo, tse tla etsa hore ba ikutlwe ba sa phutholoha kapa tse tla bo swabisa. Dipotso tse kang “O nonne hakaakang?” kapa “Na ho na le mohla o sa kuleng?” di ka swabisa batho ba bang hape tsa etsa hore ba ikutlwe eka o a ba nyatsa.

    Ntho e nngwe e ka o thusang ke hore o bolelle motho maikutlo a hao tabeng eo le ntseng le bua ka yona pele kapa ka mora hore a arabe. Ka mantswe a mang e lokela ho ba moqoqo, e se ke ya ka o mo hloma dipotso.

    Motjha o apere diaparo tsa mapolesa mme ho na le dintho tseo a ntseng a di ngola fatshe a tiisitse ka mahlong. Moshanyana ya dutseng ka pela hae o bonahala a tshohile mme ho na le kganya e mo fahlang ka mahlong.

    Na o botsa batho dipotso tse ngata haholo tse etsang hore ba ikutlwe ba sa phutholoha?

    Molaomotheo wa Bibele: “Merero e ka pelong ya motho e jwalo ka metsi a tebileng empa motho ya nang le temoho o a e kga.”​—⁠Diproverbia 20:⁠5.

  • Mamela batho ba bang. E le hore o kgone ho qoqa le batho ba bang, o hloka ho ba mamela ho ena le hore o bue haholo.

    “Nako e nngwe le e nngwe ha ke qoqa le motho, ke ithuta ntho e itseng ka yena e le hore re ka bua ka yona nakong e tlang.”​—⁠Tamara.

    Globe.

    Keletso: O se ke wa tshwenyeha haeba le fellwa ke moqoqo. Sheba hore na ho na le eng haufi le lona eo le ka qoqang ka yona. Na o sekolong, mosebetsing kapa sebakeng se seng? O ka qala moqoqo o shebile sebaka seo o leng ho sona. Ka mohlala, o ka botsa motho eo o sebetsang le yena hore na o nka nako e kae ho fihla mosebetsing?

    Hlokomela: O se ke wa tshwenyeha ka hore na o tla reng. O tla kgona ho mo araba haeba o mo mametse ka hloko.

    Molaomotheo wa Bibele: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utlwa, a diehe ho bua.”​—⁠Jakobo 1:⁠19.

  • Bontsha batho ba bang hore o ba tsotella e le ka nnete. O tla natefelwa ke ho qoqa le motho haeba o mo tsotella.

    Banana ba babedi ba batjha ba dutse ditepising ba qoqa ba shebane mahlong. Ngwanana e mong o mametse ka hloko ha e mong a ntsha maikutlo a hae.

    “Le tla qoqa ha monate haeba motho eo o buang le yena a bona hore o mo tsotella e le ka nnete, le haeba le ka nna la fellwa kaekae.”​—⁠Marie.

    Globe.

    Keletso: Babatsa motho ebe ka mora moo o mo botsa potso. Ka mohlala, “Kgele! O apere jase e ntle hakaakang! O e rekile kae?”

    Hlokomela: O se ke wa botsa ditaba tse sa o ameng. O se ke wa re “O apere jase e ntle hakaakang. O e rekile ka bokae?”

    Molaomotheo wa Bibele: “Le se ke la ameha feela ka dintho tse le tswelang molemo empa le amehe le ka dintho tse tla tswela batho ba bang molemo.”​—⁠Bafilipi 2:⁠4.

O ka qetela moqoqo jwang? Motjha e mong ya bitswang Jordan, ha a fana ka tlhahiso, o re: “Ha o qoqa le motho, etsa bonnete ba hore o qetella moqoqo ha monate. E le hore le be le moqoqo nakong e tlang, o ka nna wa bua dintho tse kang, ‘Ho bile monate ho qoqa le wena’ kapa ‘Thabela letsatsi la hao.’”

Seo batjha ba bang ba se buang

  • Bethel.

    “Ho ithuta ho qoqa le batho ba bang ho tshwana le ho ithuta puo e ntjha. Qalong, ho ka nna ha eba thata empa ha o etsa boiteko o tla ntlafatsa tsela eo o qoqang le batho ba bang ka yona.”​—⁠Bethel.

  • Isaac.

    “Mamela motho e mong hantle ha a bua le wena. Mo shebe ka mahlong mme o ome hlooho haeba ho hlokahala. Bososela. Batho ba a thaba ha ba bona hore o ba mametse ka hloko.”​—⁠Isaac.

  • Kate.

    “Pele ke ne ke tshoha ha ke bua le batho ba bang. Le hona jwale ke ntse ke tshoha ka dinako tse ding. Empa ke thuswa ke ho nahana ka motho eo ke buang le yena eseng ka hore na ke tshohile hakae.”​—⁠Kate.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela