Laboraro la 30 July
Re ke ke ra kgaotsa ho bua ka dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.—Dik. 4:20.
Re ka etsisa mohlala wa barutuwa ka hore re tswele pele ho bua le batho ka molaetsa wa Bibele le ha mmuso o thibela mosebetsi wa rona. Re ka kgodiseha hore Jehova o tla re thusa ho phetha tshebeletso ya rona. Ka hoo, rapella sebete le bohlale. Kopa Jehova hore a o thuse ho sebetsana le mathata. Bongata ba rona re sebetsana le ho kula mmeleng kapa maikutlong, ho hlokahallwa ke moratuwa, ho sebetsana le maemo a boima ka lapeng, ho hloriswa le mathata a mang a mangata. Dintho tse kang mafu a sewa le dintwa di entse hore ho be thata le ho feta ho sebetsana le mathata ana. Phetlela Jehova sefuba sa hao. Mo jwetse ka boemo boo o sebetsanang le bona jwalo ka ha o ne o tla bolella motswalle wa hao ya haufiufi. O kgodisehe hore Jehova “o tla o thusa.” (Pes. 37:3, 5) Ho dula re rapela ho tla re thusa ho ‘mamella ha re ena le mathata.’ (Bar. 12:12) Jehova o tseba mathata ao barapedi ba hae ba nang le ona ebile “o utlwa sello sa bona ha ba kopa thuso.”—Pes. 145:18, 19. w23.05 5-6 ¶12-15
Labone la 31 July
Etsang bonnete ba hore na ke dintho dife tse kgahlisang Morena.—Baef. 5:10.
Ha re hloka ho etsa diqeto tsa bohlokwa, re lokela ho utlwisisa “hore na thato ya Jehova ke efe” mme re etse dintho tumellanong le yona. (Baef. 5:17) Ha re batla melaomotheo e amanang le boemo ba rona, ho tshwana le ha re batla tsela eo Modimo a nahanang ka yona ka boemo ba rona. Ka hoo, ha re e sebedisa, re tla kgona ho etsa diqeto tse nepahetseng. “Ya kgopo,” e leng sera sa rona Satane a ka rata ho re phathahanya ka dintho tsa lefatshe lena hoo re ka hlokang nako ya ho sebeletsa Modimo. (1 Joh. 5:19) Ho ka ba bonolo hore Mokreste a amehe ka tjhelete, thuto kapa mosebetsi ho ena le hore a amehe ka ditsela tse ngata tseo a ka sebeletsang Jehova ka tsona. Ha seo se ka etsahala, ho tla be ho hlakile hore o nahana jwalo ka batho ba lefatshe lena ba sa sebeletseng Jehova. Nnete ke hore ha se hore dintho tsena di fosahetse empa ha di a lokela ho tla pele bophelong ba rona. w24.03 24 ¶16-17
Labohlano, la 1 August
Mathata a ya lokileng a mangata empa Jehova o mo pholosa ho ona kaofela.—Pes. 34:19.
Hlokomela dintlha tse pedi tsa bohlokwa tse hlahang pesalemeng ena: (1) Batho ba lokileng ba hlahelwa ke mathata. (2) Jehova o a re pholosa mathateng a rona. Jehova o re pholosa jwang? O re thusa hore re utlwisise hore re tla hlahelwa ke mathata. Le hoja Jehova a re tshepisa hore re tla thaba ha re mo sebeletsa, ha a re tshepise hore re ke ke ra ba le mathata hona jwale. (Esa. 66:14) O re kgothaletsa hore re nahane ka bokamoso boo a re tshepisang bona, moo re tla phela re thabile ka ho sa feleng. (2 Bakor. 4:16-18) Hona jwale o re thusa hore re tswele pele ho mo sebeletsa. (Dillo. 3:22-24) Re ka ithutang mehlaleng ya bahlanka ba Jehova bao Bibele e buang ka bona le ba mehleng ena? Re ka nna ra hlahelwa ke mathata ao re sa a lebellang empa ha re tshepile Jehova, o tla dula a re thusa.—Pes. 55:22. w23.04 14-15 ¶3-4