July
Labobedi la 1 July
O ne a tsamaya hohle dibakeng tsena a etsa dintho tse ntle a bile a fodisa.—Dik. 10:38.
Jesu o ile a etsisa Ntate wa hae tseleng eo a nahanang le ho ikutlwa ka yona, dinthong tseo a ileng a di bua le ho di etsa ho akareletsa le mehlolo eo a ileng a e etsa. (Joh. 14:9) Re ka ithutang mehlolong ya Jesu? Jesu le Ntate wa hae ba re rata haholo. Ha Jesu a le lefatsheng o ile a bontsha hore o rata batho haholo ka hore a sebedise matla a hae ho thusa batho ba nang le mathata. Ka letsatsi le leng banna ba babedi ba sa boneng ba ile ba mo kopa hore a ba thuse. (Mat. 20:30-34) Hlokomela hore Jesu o ile “a ba hauhela” yaba o a ba fodisa. Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “a ba hauhela” le akareletsa boikutlo bo matla ba ho ba le kutlwelobohloko e tswang botebong ba pelo. Jesu o ile a boela a fepa batho ba lapileng le ho fodisa molepera ka lebaka la boikutlo boo bo matla ba ho ba le kutlwelobohloko bo susumetswang ke lerato. (Mat. 15:32; Mar. 1:41) Re ka kgodiseha hore Jehova Modimo ya mohau le Mora wa hae ba re rata haholo ebile ba utlwa bohloko ha re hlahelwa ke mathata. (Luka 1:78; 1 Pet. 5:7) Ka nnete e tlameha ebe ba potlaketse ho fedisa mathata ohle ao re nang le wona. w23.04 3 ¶4-5
Laboraro la 2 July
Lona ba ratang Jehova, hloyang dintho tse mpe. O sireletsa batho ba hae ba mo tshepahallang. O ba pholosa ho ba kgopo.—Pes. 97:10.
Re lokela ho leka ka hohle ho qoba ho mamela kapa ho bala dintho tse ka susumetsang maikutlo a fosahetseng a atileng lefatsheng lena la Satane. Re tlatse dikelello tsa rona ka dintho tse lokileng ka ho bala le ho ithuta Bibele. Ho ba teng dibokeng le tshimong le hona ho tla re thusa ho sireletsa tsela ya rona ya ho nahana. Hape Jehova o tshepisa hore a ke ke a dumella hore re hlahelwe ke diteko tseo re ke keng ra kgona ho di mamella. (1 Bakor. 10:12, 13) Kaofela ha rona re hloka ho dula re rapela ho feta le ha e le neng pele e le hore re dule re tshepahalla Jehova matsatsing ana a thata a bofelo. Jehova o batla hore re ‘mo bolelle dintho tsohle tse ka dipelong tsa rona.’ (Pes. 62:8) Rorisa Jehova o be o mo lebohe bakeng sa dintho tsohle tseo a di etsang. Mo kope hore a o thuse hore o be sebete ha o le tshimong. Mo kope hore a o thuse ho sebetsana le mathata ao o nang le ona le hore o hlole diteko le ha e le dife tseo o tobaneng le tsona. O se ke wa dumella ntho le ha e le efe kapa motho le ha e le ofe ho o thibela ho rapela Jehova ka dinako tsohle. w23.05 7 ¶17-18
Labone la 3 July
A re tsotellaneng . . . , re kgothatsane.—Baheb. 10:24, 25.
Ke hobaneng ha re ya dibokeng? Lebaka la bohlokwa ke ho rorisa Jehova. (Pes. 26:12; 111:1) Lebaka le leng ke hobane re batla ho kgothatsana matsatsing ana a thata. (1 Bathes. 5:11) Ka hoo, ha re arabela dibokeng re rorisa Jehova ebile re a kgothatsana. Empa ho na le dintho tse ka etsang hore ho be thata hore re arabele. Re ka tshoha ha re lokela ho arabela kapa re ka batla ho arabela hangata empa ka dinako tse ding re be re sa kgethwe. Re ka thuswa keng? Moapostola Pauluse o ile a re re lokela ho ‘kgothatsana.’ Ha re hopola hore ba bang ba kgothatswa ke dikarabo tsa rona tse bonolo le tse kgutshwanyane, seo se tla etsa hore re se ke ra tshoha haholo ha re arabela. Haeba re sa kgethwe hangata, re lokela ho thabela ho bona ha ba bang ba fumana monyetla wa ho arabela.—1 Pet. 3:8. w23.04 20 ¶1-3
Labohlano la 4 July
A ye Jerusalema, . . . a hahe ntlo ya Jehova . . . bocha.—Esdr. 1:3.
Morena o ile a phatlalatsa hore Bajuda ba neng ba hapuwe ke Babilona mme ba phetse teng dilemo tse ka bang 70 ba ne ba ka kgutlela naheng ya habo bona Iseraele. (Esdr. 1:2-4) Ke Jehova feela ya neng a ka etsa hore sena se etsahale. Babilona e ne e sa lokolle batho bao e ba hapileng. (Esa. 14:4, 17) Empa Babilona e ne e se e wele mme mmusi e motjha o ne a itse Bajuda ba ka tsamaya. Mojuda e mong le e mong, haholoholo dihlooho tsa malapa, di ne di lokela ho etsa qeto ya hore na di tloha Babilona kapa di dula teng. E tlameha ebe ho ne ho le thata ho etsa qeto eo. Batho ba bangata ba ne ba se ba hodile haholo bakeng sa ho nka leeto leo le lelelele. Hape bongata ba Bajuda bo ne bo phetse Babilona bophelo bohle ba bona ka ha ke hona moo bo hlahetseng teng. Ba ne ba sa nke Iseraele e le ha habo bona empa ba ne ba nka e le moo baholoholo ba bona ba kileng ba phela teng. Ho bonahala eka Bajuda ba bang ba ne ba ruile. Ka hoo, ho ne ho ka ba thata ho bona hore ba siye matlo a bona a majabajaba le dikgwebo tsa bona hore ba yo dula sebakeng seo ba sa se tsebeng. w23.05 14 ¶1-2
Moqebelo la 5 July
Le itokise.—Mat. 24:44.
Lentswe la Modimo le re kgothaletsa hore re dule re lwanela ho ba le mamello, qenehelo le lerato. Luka 21:19 e re: “Ha le ka mamella le tla pholoha.” Bakolose 3:12 e re: “Ebang le qenehelo.” 1 Bathesalonika 4:9, 10 yona e re: “Modimo ke yena ya le rutang hore le ratane . . . Le ha ho le jwalo, re a le kopa bana beso hore le tswele pele ho rata bana ba bo lona le ho feta.” Ditemana tsena kaofela di ne di ngoletswe Bakreste ba neng ba se ba ntse ba bontshitse hore ba na le mamello, qenehelo le lerato. Le ha ho le jwalo, ba ne ba lokela ho dula ba lwanela ho ba le makgabane ao. Le rona re lokela ho etsa jwalo. E le hore o kgone ho etsa jwalo, hlahloba hore na Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba bontsha jwang hore ba na le makgabane ao. Ka mora moo, o tla bona hore na o ka ba etsisa jwang mme wa bontsha hore o itokiseditse mahlomola a maholo. Etlare ha mahlomola a maholo a qala, o tla ikemisetsa ho dula o mameletse hobane o tla be o ile wa ithuta ho mamella. w23.07 3 ¶4, 8
Sontaha la 6 July
Ho tla ba le tsela e kgolo, . . . Tsela ya Kgalalelo.—Esa. 35:8.
Ebang re batlotsuwa kapa karolo ya “dinku tse ding,” re lokela ho dula re tsamaya ‘Tseleng ya Kgalalelo.’ Ho etsa jwalo ho tla re thusa ho dula re rapela Jehova hona jwale le ka moso ha Mmuso wa hae o se o re tliseditse dintho tse molemo lefatsheng. (Joh. 10:16) Ho tloha ka 1919, batho ba dimilione ba ile ba tswa Babilona e Moholo e leng mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata yaba ba tsamaya tseleng ena ya tshwantshetso. Jehova o ile a etsa bonnete ba hore o tlosa ditshitiso tse neng di le tseleng ya Bajuda ba tswang Babilona. (Esa. 57:14) Na o ile a etsa se tshwanang ka “Tsela ya Kgalalelo” mehleng ee? Dilemo tse makgolo pele ho 1919, Jehova o ile a sebedisa banna ba mo hlomphang ho etsa hore batho ba kgone ho tswa Babilona e Moholo. (Bapisa le Esaia 40:3.) Ba ile ba etsa mosebetsi o neng o hlokahala e le hore ha morao batho ba dipelo di ntle ba tswe bodumeding ba bohata mme ba rapele Jehova le batho ba hae. w23.05 15-16 ¶8-9
Mantaha la 7 July
Sebeletsang Jehova le thabile. Emang ka pela hae le nyakaletse.—Pes. 100:2.
Jehova o batla hore re thabele ho mo sebeletsa. (2 Bakor. 9:7) Empa na re lokela ho etsa dintho tseo re batlang ho di etsetsa Jehova le haeba re sa batle ho di etsa? Nahana ka seo moapostola Pauluse a ileng a se etsa. O ile a re: “Ke tshwara mmele wa ka ka thata ebile ke o tshwara jwalo ka lekgoba.” (1 Bakor. 9:25-27) Pauluse o ne a iqobella ho etsa dintho tse nepahetseng le hoja a ne a se na tabatabelo ya ho di etsa. Jehova o ne a thabela dintho tseo Pauluse a neng a mo etsetsa tsona mme o ile a mo hlohonolofatsa. (2 Tim. 4:7, 8) Jehova o a thaba ha re etsa dintho tseo re di rerileng le hoja re se na tabatabelo ya ho di etsa. O a tseba hore re etsa dintho tseo re di rerileng hobane re mo rata le hoja ka dinako tse ding re sa thabele ho di etsa mme seo se a mo thabisa. Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re etsa dintho tseo re di rerileng jwalo ka ha a ile a hlohonolofatsa Pauluse. (Pes. 126:5) Ka hoo, ha re bona tsela eo Jehova a re hlohonolofatsang ka yona, re ka ba le tabatabelo ya ho etsa dintho tseo re di rerileng. w23.05 29 ¶9-10
Labobedi la 8 July
Letsatsi la Jehova le tla tla.—1 Bathes. 5:2.
Moapostola Pauluse o ile a bapisa batho ba ke keng ba pholoha letsatsi la Jehova le batho ba robetseng ka ha ha ba tsebe dintho tse etsahalang ebile ha ba hlokomele hore nako e ntse e tsamaya. Ka hoo, ha ba bone ha ho etsahala dintho tsa bohlokwa ebile ha ho na letho leo ba le etsang ha di etsahala. Batho ba bangata mehleng ena le bona ba robetse ka tsela ya tshwantshetso. (Bar. 11:8) Ha ba dumele bopaki bo bontshang hore re phela “mehleng ya bofelo” le hore haufinyane mahlomola a maholo a tla qala. (2 Pet. 3:3, 4) Le ha ho le jwalo, ke ha bohlokwa hore re dule re fadimehile letsatsi le letsatsi. (1 Bathes. 5:6) Ka hoo, re lokela ho hlaphohelwa kelellong. Hobaneng? Seo se tla re thusa hore re se ke ra kenella dipolotiking le ho batla ho rarolla mathata a setjhaba. Ha letsatsi la Jehova le ntse le atamela, ho tla ba thata le ho feta hore re se ke ra kenella dinthong tsena. Ka hoo, ha re a lokela ho tshwenyeha ka hore na re tla etsang ha re eba boemong boo. Moya wa Modimo o tla re thusa hore re be le dikelello tse hlaphohetsweng le hore re etse diqeto tse nepahetseng.—Luka 12:11, 12. w23.06 10 ¶6-7
Laboraro la 9 July
Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, ke kopa o nkgopole mme o mmatlafatse.—Baahl. 16:28.
Keng e tlang ka hloohong ya hao ha o utlwa lebitso Samsone? Mohlomong o nahana ka monna ya neng a ena le matla a sa tlwaelehang. Teng ke nnete o ne a le matla empa o ile a etsa qeto e fosahetseng e ileng ya mo tlisetsa ditlamorao tse bohloko. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o ile a ameha haholo ka taba ya hore Samsone o ile a tshepahala mme o kenyeleditse pale ya hae ka Bibeleng e le hore e re tswele molemo. Jehova o ile a sebedisa Samsone ho etsa dintho tse kgolo e le hore a thuse setjhaba sa hae sa Iseraele. Dilemo tse makgolo ka mora hore Samsone a shwe, Jehova o ile a susumeletsa moapostola Pauluse hore a kenyeletse lebitso la Samsone lethathamong la batho ba neng ba ena le tumelo ka tsela e kgethehileng. (Baheb. 11:32-34) Mohlala wa Samsone o ka re kgothatsa. O ile a tshepa Jehova le ha ho ne ho le boima. Mohlala wa hae o ka re kgothatsa ebile re ka ithuta dintho tse ding ho wona. w23.09 2 ¶1-2
Labone la 10 July
Le rapele Modimo ka mehla.—Bafil. 4:6.
Ntho e ka re thusang ho mamella ke ho itlwaetsa ho phetlela Jehova sefuba, re mo bolelle dintho tse re tshwenyang. (1 Bathes. 5:17) Mohlomong wena ha o na mathata a boima haholo hona jwale. Le ha ho le jwalo, na o kopa thuso ho Jehova neng kapa neng ha o kwatile, o ferekane kapa o imetswe? Haeba o itlwaetsa esale hona jwale ho kopa Jehova hore a o thuse ka mathata a manyenyane a o hlahelang, o tla nolofallwa ho etsa jwalo nakong e tlang ha o lokela ho sebetsana le mathata a boima. O tla kgodiseha hore o tseba hantle hore na nako le tsela e nepahetseng ya ho o thusa ke efe. (Pes. 27:1, 3) Haeba re mamella mathata a re hlahelang hona jwale, re ka atleha ho mamella mahlomola a maholo. (Bar. 5:3) Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Bana ba bo rona ba bangata ba hlokometse hore ho mamella bothata bo itseng ho ba thusitse hore ba kgone ho mamella bo latelang. Ho mamella ho ile ha matlafatsa tumelo eo ba nang le yona ya hore Jehova o ikemiseditse ho ba thusa. Tumelo eo e ile ya ba thusa hore ba mamelle mathata a latelang.—Jak. 1:2-4. w23.07 3 ¶7-8
Labohlano la 11 July
Ke tla o hauhela.—Gen. 19:21.
Jehova o fetoha le maemo hobane a ikokobeditse ebile a le mohau. Ka mohlala, o ile a bontsha hore o ikokobeditse ha a ne a tlo fedisa batho ba kgopo ba Sodoma. Jehova o ile a roma mangeloi hore a yo bolella monna ya lokileng Lota hore a balehele dithabeng. Lota o ne a tshaba ho ya moo. Ka hoo, o ile a kopa Jehova hore a dumelle yena le lelapa la hae hore ba balehele Zoware e leng motse o monyenyane o neng o lokela ho timetswa. Jehova a ka be a ile a phehella Lota hore a latele ditaelo tsa hae feela jwalo ka ha a mo file tsona. Ho ena le hoo, o ile a mamela kopo eo ya Lota le hoja e ne e bolela hore ha a sa tla fedisa Zoware. (Gen. 19:18-22) Dilemo tse ngata ha morao, Jehova o ile a bontsha baahi ba Ninive mohau. O ile a romela moprofeta Jonase hore a yo bolella batho ba kgopo ba Ninive hore ba tlo fediswa ha mmoho le motse wa bona. Empa ha batho ba Ninive ba tlohela diketso tsa bona tse kgopo, Jehova o ile a ba utlwela bohloko yaba ha a fedise motse.—Jon. 3:1, 10; 4:10, 11. w23.07 21 ¶5
Moqebelo la 12 July
Ba [bolaya Joase] . . . empa ha ba a ka ba mo patela mabitleng a marena.—2 Dikron. 24:25.
Re ka ithutang paleng ya Joase? O ne a tshwana le sefate se nang le metso e sa tebang se tsheheditsweng ka palo. Ha motho ya neng a mo tsheheditse e leng Jehojada a shwa, Joase o ile a qala ho mamela bakwenehi ba ileng ba etsa hore a se ke a tshepahalla Jehova. Mohlala ona o a bontsha hore ha re a lokela ho mamela Modimo hobane feela ditho tsa lelapa kapa Bakrestemmoho le rona ba re behela mohlala o motle. E le hore re dule re le metswalle ya Jehova, re lokela ho mo rata le ho mo hlompha haholwanyane ka hore letsatsi le letsatsi re ithute Bibele, re nahanisise ka yona re be re rapele. (Jer. 17:7, 8; Bakol. 2:6, 7) Dintho tseo Jehova a hlokang hore re di etse ha di ngata haholo. Di akareditswe hantle lengolong la Moeklesia 12:13 le reng: “Hlompha Modimo wa nnete mme o mamele ditaelo tsa hae etswe ke yona ntho eo motho a lokelang ho e etsa.” Ha re hlompha Modimo, re tla kgona ho dula re mo tshepahalla. Ha ho letho le tla senya setswalle sa rona le Jehova. w23.06 19 ¶17-19
Sontaha la 13 July
Bona, ke etsa hore dintho tsohle di be ntjha.—Tshen. 21:5.
Kgodiseho eo Modimo a re fang yona e qala ka mantswe ana: “Ya dutseng teroneng a re.” (Tshen. 21:5a) Mantswe ana ke a bohlokwa haholo hobane ke a mang a mantswe ao Jehova a ileng a a bua ha a ne a bua diponong ka makgetlo a mararo bukeng ya Tshenolo. Ha se lengeloi kapa Jesu ya faneng ka kgodiseho ena empa ke Jehova. Taba ena ke bopaki ba hore re ka tshepa mantswe ao a a buileng ka mora moo. Hobaneng? Hobane Jehova a ‘ke ke a bua leshano.’ (Tite 1:2) Ka hoo, mantswe ao re a balang ho Tshenolo 21:5, 6 a tla fela a phethahale. Nahana ka lentswe “bona.” Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “bona” le sebedisitswe ka makgetlo a mangata bukeng ya Tshenolo. Modimo o ile a reng ka mora moo? O ile a re: “Ke etsa hore dintho tsohle di be ntjha.” Temaneng ena Jehova o bua ka dintho tseo a tlo di etsa nakong e tlang empa ka ha o a tseba hore o tlo phethahatsa tshepiso ya hae, o bua jwalo ka ha eka o se a ntse a etsa diphetoho tsena.—Esa. 46:10. w23.11 3-4 ¶7-8
Mantaha la 14 July
[A] tswela ka ntle [a] lla ha bohloko.—Mat. 26:75.
Moapostola Petrose o ile a etsa diphoso. Nahana ka diketsahalo tse latelang. Ha Jesu a ne a hlalosa hore o tlo hloriswa a be a shwe ho phethahatsa boprofeta bo ka Bibeleng, Petrose o ile a mo kgalemela. (Mar. 8:31-33) Petrose le baapostola ba bang ba ne ba dula ba ngangisana ka hore na ke mang e moholo hara bona. (Mar. 9:33, 34) Bosiung ba ho qetela pele Jesu a bolawa, Petrose o ile a hlasela monna e mong a ba a mo kgaola tsebe. (Joh. 18:10) Bosiung bona boo, o ile a tshoha mme a latola hore o tseba motswalle wa hae Jesu ka makgetlo a mararo. (Mar. 14:66-72) Ntho eo e ile ya etsa hore Petrose a lle ha bohloko. Jesu ha a ka a lahla moapostola enwa wa hae ya neng a nyahame. Ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, o ile a fa Petrose monyetla wa hore a bontshe hore o ntse a mo rata. Jesu o ile a mo fa mosebetsi wa hore a hlokomele dinku tsa hae. (Joh. 21:15-17) Petrose o ile a amohela mosebetsi oo. Petrose o ile a ba hara batho ba pele ba ileng ba tlotswa ka moya o halalelang ha a ne a le Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta. w23.09 22 ¶6-7
Labobedi la 15 July
Disa dinku tsa ka tse nyenyane.—Joh. 21:16.
Moapostola Petrose o ile a re ho baholo: “Le dise mohlape oo Modimo a le fileng wona.” (1 Pet. 5:1-4) Haeba o moholo, re a tseba hore o rata Bakrestemmoho le wena mme o batla ho ba hlokomela. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding o ka nna wa utlwa eka o phathahane haholo kapa o kgathetse haholo mme o ke ke wa kgona ho phetha mosebetsi ona. O ka etsang haeba o ikutlwa jwalo? Bolella Jehova hore na o ikutlwa jwang. Petrose o ile a re: “Haeba motho . . . a thusa batho ba bang, a itshetlehe ka matla a Modimo.” (1 Pet. 4:11) Bakrestemmoho le wena ba hlahelwa ke mathata a ke keng a fela hona jwale empa hopola hore “modisa ya ka sehloohong” Jesu Kreste, a ka ba thusa ho feta mang kapa mang. A ka ba thusa hona jwale ebile a ka ba thusa le lefatsheng le letjha. Modimo o batla hore baholo ba rate Bakrestemmoho le bona, ba ba hlokomele le hore ba behele “mohlape mohlala.” w23.09 29-30 ¶13-14
Laboraro la 16 July
Jehova o a tseba hore menahano ya ba bohlale ha e na thuso.—1 Bakor. 3:20.
Re lokela ho qoba ho nahana jwalo ka batho. Haeba re nahana jwalo ka batho ba sa mameleng melao ya Jehova, re ka qetella re sa hlomphe Jehova ebile re sa mamele melao ya hae. (1 Bakor. 3:19) Hangata “bohlale ba batho ba lefatshe lena” bo etsa hore batho ba se ke ba mamela Modimo. Bakreste ba bang ba phutheho ya Pergame le ya Thiatire ba ile ba susumetswa ke batho ba neng ba rapela medimo ya ditshwantsho le ba neng ba etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano ba neng ba dula dibakeng tseo. Jesu o ile a kgalemela Bakreste ba diphutheho tseo tse pedi hobane ba ne ba dumella batho hore ba etse boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Tshen. 2:14, 20) Le kajeno batho ba ka re susumetsa hore re dumele ho etsa dintho tse fosahetseng. Ba malapa a rona le batho bao re tlwaelaneng le bona ba ka etsa hore re nahane hore re itshwere ka thata le ho re kgothaletsa ho tlola melao ya Jehova. Ka mohlala, ba ka re ha ho bohlokwa ho dula o itshwere hantle le hore melao ya Modimo e buang ka boitshwaro e feletswe ke nako. Ka dinako tse ding re ka nna ra nahana hore ditaelo tseo Jehova a re fang tsona ha di a hlaka. Re ka ba ra batla ho “fetela ka nqane ho dintho tse ngotsweng.”—1 Bakor. 4:6. w23.07 16 ¶10-11
Labone la 17 July
Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.—Diprov. 17:17.
Maria mme wa Jesu o ne a hloka ho matlafatswa. O ne a tlo ima empa a eso nyalwe. O ne a sa tsebe hore na ke ntho e jwang ho hodisa ngwana empa o ne a tlameha ho hlokomela ngwana eo ha morao e neng e tla ba Mesia. Hape ka ha o ne a eso ka a etsa thobalano, ebe o ne a tla qala kae ha a bolella Josefa, monna ya neng a tlo mo nyala hore o imme? (Luka 1:26-33) Maria o ile a etsang e le hore a fumane matla ao a a hlokang? O ile a batla thuso ho batho ba bang. Ka mohlala, o ile a kopa Gabariele hore a mo fe ditaba tse eketsehileng mabapi le boikarabelo bona. (Luka 1:34) Ka mora moo, o ile a nka leeto le lelelele ho ya “motseng wa Juda e leng sebaka se dithaba,” a etela Elizabetha eo a amanang le yena. Elizabetha o ile a babatsa Maria a ba a susumetswa ke moya wa Jehova hore a mo bolelle boprofeta bo kgothatsang ka mora wa Maria ya eso hlahe. (Luka 1:39-45) Maria o ile a re Jehova “o entse dintho tse kgolo ka letsoho la hae le matla.” (Luka 1:46-51) Jehova o ile a matlafatsa Maria a sebedisa Gabariele le Elizabetha. w23.10 14-15 ¶10-12
Labohlano la 18 July
O re entse marena le baprista hore re sebeletse Modimo Ntate wa hae.—Tshen. 1:6.
Ke barutuwa ba mmalwa feela ba Kreste ba tlotsitsweng ka moya o halalelang mme ba na le setswalle se ikgethang le Jehova. Batlotsuwa bana ba 144 000 e tlo ba baprista lehodimong le Jesu. (Tshen. 14:1) Karolo ya Sehalalelo e neng e le tabernakeleng e tshwantshetsa hore batlotsuwa ba kgethilwe hore e be bana ba Modimo ha ba ntse ba le lefatsheng. (Bar. 8:15-17) Karolo ya Sehalaledisiso e neng e le tabernakeleng e emela lehodimo e leng moo Jehova a dulang teng. “Kgaretene” e neng e arola Sehalalelo le Sehalaledisiso e emela mmele wa Jesu wa nama, o neng o etsa hore a se ke a kgona ho kena lehodimong e le Moprista ya Phahameng ka ho fetisisa wa tempele ya tshwantshetso. Ha Jesu a fana ka mmele wa hae wa nama e le sehlabelo bakeng sa ho lopolla batho, o ile a bulela Bakreste bohle ba batlotsuwa monyetla wa ho phela lehodimong. Le bona ba lokela ho siya mmele ya bona ya nama e le hore ba ka fumana moputso wa bona wa ho phela lehodimong.—Baheb. 10:19, 20; 1 Bakor. 15:50. w23.10 28 ¶13
Moqebelo la 19 July
Ke tla fellwa ke nako haeba nka bua ka Gideone.—Baheb. 11:32.
Gideone o ile a dula a kgobile matshwafo ha Baefraime ba ne ba mo tshwaya diphoso. (Baahl. 8:1-3) Ha a ka a ba halefela. O ile a bontsha hore o ikokobeditse ka hore a mamele taba eo ba neng ba tshwenyehile ka yona le ho bua le bona ka mosa mme seo se ile sa etsa hore ba theole moya. Baholo ba ka etsisa mohlala wa Gideone ka hore ba mamele ka hloko le ho arabela ka mosa ha ba tshwauwa diphoso. (Jak. 3:13) Ha ba etsa jwalo, ba tla etsa hore ho be le kgotso ka phuthehong. Ha Gideone a hlola Bamidiane, batho ba ile ba mo rorisa empa yena o ile a rorisa Jehova. (Baahl. 8:22, 23) Baholo ba ka etsisa Gideone jwang? Ba lokela ho rorisa Jehova ka dintho tseo ba kgonang ho di etsa. (1 Bakor. 4:6, 7) Ka mohlala, ha moholo a roriswa ka lebaka la bokgoni ba hae ba ho ruta, a ka bontsha hore Lentswe la Modimo ke lona le re rutang le hore mokgatlo wa Jehova o a re kwetlisa. Baholo ba ka nahana ka hore na tsela eo ba rutang ka yona e rorisa Jehova kapa e kgahlisa batho. w23.06 4 ¶7-8
Sontaha la 20 July
Menahano ya ka ha e tshwane le menahano ya lona.—Esa. 55:8.
Haeba dithapelo tsa rona di sa arajwe ka tsela eo re neng re e batla, re ka nna ra ipotsa ‘Na ke rapella ntho e nepahetseng?’ Hangata re nahana hore re a tseba hore na ke eng e re loketseng. Empa dintho tseo re di kopang di ka nna tsa se ke tsa re tswela molemo ha nako e ntse eya. Haeba ho na le bothata boo re bo rapellang, ho ka nna ha eba le tsela e molemo ya ho rarolla bothata boo ho feta eo re neng re e batla. Hape e ka nna yaba dintho tse ding tseo re di kopang ha di dumellane le thato ya Jehova. (1 Joh. 5:14) Ka mohlala, nahana ka batswadi ba ileng ba kopa Jehova hore a ba thuse hore ngwana wa bona a dule a mo sebeletsa. Ho ne ho bonahala eka ba kopa ntho e nepahetseng. Le ha ho le jwalo, Jehova a ke ke a re qobella hore re mo sebeletse. O batla hore kaofela ha rona ho akareletsa le bana, re ikgethele ho mo sebeletsa. (Deut. 10:12, 13; 30:19, 20) Ka hoo, batswadi ba ka kopa Jehova hore a ba thuse hore ba rute ngwana wa bona hore a rate Jehova le hore e be motswalle wa hae.—Diprov. 22:6; Baef. 6:4. w23.11 21 ¶5; 23 ¶12
Mantaha la 21 July
Le nne le tshedisane.—1 Bathes. 4:18.
Ke hobaneng ha ho tshedisa batho ba bang e le tsela ya bohlokwa ya ho bontsha hore re a ba rata? Buka e nngwe e buang ka Bibele e re ha Pauluse a ne a bua ka ho “tshedisana,” o ne a bua ka “ho ema lehlakoreng la motho ho mo kgothatsa ha a ena le mathata a boima.” Ka hoo, ha re tshedisa ngwanabo rona ya nang le mathata, re mo thusa hore a nne a tswele pele ho sebeletsa Jehova ka botshepehi. Ka mehla ha re tshedisa bana ba bo rona, re a ba bontsha hore re a ba rata. (2 Bakor. 7:6, 7, 13) Ho ba le kutlwelobohloko le ho tshedisa ke di ya thoteng di bapile. Ka tsela efe? Motho ya nang le kutlwelobohloko o susumeletseha ho tshedisa ba bang le ho ba imolla. Ka hoo, ho ba le kutlwelobohloko ho re thusa hore re tshedise batho ba bang. Hlokomela hore na Pauluse o reng ha a hlalosa ka moo kutlwelobohloko e susumeletsang Jehova ho tshedisa batho. Pauluse o re Jehova “ke Ntate ya mohau le ya bonolo haholo ebile o tshedisa batho maemong ohle.”—2 Bakor. 1:3. w23.11 9-10 ¶8-10
Labobedi la 22 July
A re thabeng le ha re ena le mathata.—Bar. 5:3.
Balatedi bohle ba Kreste ba ka lebella ho hlahelwa ke mathata. Nahana ka mohlala wa moapostola Pauluse. O ile a re ho Bakreste ba Thesalonika: “Ha re ne re ena le lona, re ne re tlwaetse ho le bolella hore re tla hlahelwa ke mathata mme jwalo ka ha le tseba, ke mona ho etsahetse.” (1 Bathes. 3:4) Hape o ile a re ho Bakorinthe: “Bana beso, re batla hore le tsebe ka mathata a ileng a re hlahela . . . Re ne re bile re sa kgodiseha hore na re tla phela kapa tjhe.” (2 Bakor. 1:8; 11:23-27) Bakreste ba mehleng ena le bona ba ka lebella ho hlahelwa ke mathata. (2 Tim. 3:12) E ka nna yaba metswalle le ba lelapa ba ile ba o soma ba ba ba o tshwara hampe. Na mohiri wa hao kapa basebetsimmoho ba kile ba o hlorisa hobane o ikemiseditse ho etsa dintho tsohle ka botshepehi? (Baheb. 13:18) Na o kile wa hloriswa ke mmuso hobane o bolella batho ka tshepo eo o nang le yona? Ho sa tsotellehe hore na re kopana le mathata a mofuta ofe, Pauluse o re re thabe. w23.12 10-11 ¶9-10
Laboraro la 23 July
Le mpaketse bothata bo boholo.—Gen. 34:30.
Jakobo o ile a mamella mathata a mangata. Bara ba Jakobo ba babedi e leng Simeone le Levi ba ile ba tlotlolla lelapa labo bona mme ba etsa hore lebitso la Jehova le rohakwe. Mosadi wa Jakobo e leng Ragele o ile a hlokahala ha a ne a beleha ngwana wa bobedi. Hape Jakobo o ile a tlameha ho ya Egepeta a se a tsofetse ka lebaka la tlala e kgolo e neng e le teng. (Gen. 35:16-19; 37:28; 45:9-11, 28) Jakobo o ile a dula a tshepile Jehova le hore ditshepiso tsa Hae di tla phethahala ho sa tsotellehe mathata ao a neng a ena le ona. Jehova o ile a bontsha Jakobo hore o ntse a ena le yena. Ka mohlala, Jehova o ile a fa Jakobo dintho tse ngata. Nahana feela hore na Jakobo o ile a leboha Jehova hakae ha a ne a kopana le mora wa hae Josefa eo a neng a nahana hore ke kgale a hlokahetse. Ka ha Jakobo e ne e le motswalle wa Jehova, o ile a kgona ho mamella mathata. (Gen. 30:43; 32:9, 10; 46:28-30) Ha re dula re le metswalle ya Jehova, le rona re ka kgona ho mamella mathata ao re sa a lebellang. w23.04 15 ¶6-7
Labone la 24 July
Jehova ke Modisa wa ka. Nke ke ka hloka letho.—Pes. 23:1.
Pesalemeng ya 23 Davida o bina pina e bontshang ka moo a kgodisehileng ka teng hore Jehova o a mo rata le hore o tla mo hlokomela. O bitsa Jehova Modisa wa hae mme o hlalosa ka moo yena le Jehova e leng metswalle e haufi ka teng. Davida o ne a ikutlwa a sireletsehile ha Jehova a mo tataisa mme o ne a itshetleha ka yena ka ho feletseng. O ne a tseba hore lerato la Jehova le tla mo sala morao ka matsatsi ohle a bophelo ba hae. Ke hobaneng ha a ne a kgodisehile hakaale? Davida o ne a utlwa a hlokomelehile hantle hobane Jehova o ne a dula a mo fa dintho tsohle tseo a di hlokang. Davida o ne a boetse a tseba hore Jehova ke motswalle wa hae le hore o thabisa Jehova. Ke ka hoo a neng a kgodisehile hore ho sa tsotellehe hore na o tla hlahelwa ke eng nakong e tlang, Jehova o tla dula a mo hlokomela ka dintho tsohle tseo a di hlokang. Ka ha Davida o ne a tseba hore Jehova o a mo rata le hore o tla mo hlokomela, o ne a sa tshwenyeha empa o ne a dula a thabile a bile a kgotsofetse.—Pes. 16:11. w24.01 29 ¶12-13
Labohlano la 25 July
Ke na le lona ka matsatsi ohle ho fihlela lefatshe le fela.—Mat. 28:20.
Ho tloha ka Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, batho ba Jehova dinaheng tse ngata ba ntse ba thabela ho ba le kgotso le bolokolohi ba hore ba nne ba tswele pele ba etsa mosebetsi wa boboledi. Ha e le hantle, mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate o atlehile haholo. Mehleng ena bara ba bo rona ba Sehlopha se Busang ba ntse ba tswela pele ho batla tataiso ho Kreste. Ba batla hore ditaelo tseo ba di fang bara ba bo rona di bontshe hore di tswa ho Jehova. Hape ba sebedisa balebedi ba potoloho le baholo hore ba fane ka tataiso diphuthehong. Baholo ba kgethilweng ba ka “letsohong le letona” la Kreste. (Tshen. 2:1) Ke nnete hore baholo ba etsa diphoso. Moshe, Joshua le baapostola le bona ba ne ba etsa diphoso ka dinako tse ding. (Num. 20:12; Josh. 9:14, 15; Bar. 3:23) Le ha ho le jwalo, Kreste o ntse a tataisa mohlanka ya tshepahalang le baholo ba kgethilweng mme o tla tswela pele ho ba tataisa. Ka hoo, re na le mabaka a hore re ka tshepa tataiso eo a fanang ka yona a sebedisa bara bana ba bo rona ba kgethilweng hore ba re etelle pele. w24.02 23-24 ¶13-14
Moqebelo la 26 July
Le etsise Modimo hobane le bana ba hae bao a ba ratang.—Baef. 5:1.
Mehleng ena re ka thabisa Jehova ka ho bua ka yena ka tsela e bontshang hore re na le kananelo ebile re a mo rata. Sepheo sa rona se ka sehloohong ha re le tshimong ke hore re thuse batho hore ba atamele ho Jehova le hore ba ikutlwe ka tsela eo re ikutlwang ka yona ka Ntate wa rona ya lerato. (Jak. 4:8) Re a thaba ha re bontsha batho seo Bibele e se buang ka Jehova le ka makgabane a hae a kang lerato, toka, bohlale, matla le a mang. Tsela e nngwe eo ka yona re rorisang le ho thabisa Jehova ke ka ho etsa sohle seo re se kgonang ho mo etsisa. Ha re etsa jwalo, re fapana le batho ba lefatshe lena le kgopo. Taba ena e ka nna ya etsa hore batho ba bang ba hlokomele hore re fapane le batho ba bang mme ba ipotsa hore na hobaneng. (Mat. 5:14-16) Ha re sebedisana le bona bophelong ba letsatsi le letsatsi, re ka fumana monyetla wa ho ba hlalosetsa hore na ke hobaneng ha re fapane. Qetellong batho ba dipelo di ntle ba ka atamela ho Modimo wa rona. Ha re rorisa Jehova ka ditsela tsena, re mo thabisa haholo.—1 Tim. 2:3, 4. w24.02 10 ¶7
Sontaha la 27 July
Kgothatsa. . . le ho kgalemela.—Tite 1:9.
E le hore o be monna wa Mokreste ya nang le tumelo e matla, o lokela ho ithuta dintho tse tla o thusa bophelong. Dintho tsena di tla o thusa hore o amohele boikarabelo ka phuthehong, o fumane mosebetsi o be o tshwarelle ho wona e le hore o ka itlhokomela kapa wa hlokomela lelapa la hao, le hore o utlwane le batho. Ka mohlala, ithute ho bala le ho ngola hantle. Bibele e re monna ya thabileng le ya atlehileng bophelong ke ya balang Lentswe la Modimo letsatsi le letsatsi a bile a nahanisisa ka lona. (Pes. 1:1-3) Haeba a bala Bibele letsatsi le letsatsi, sena se tla mo thusa hore a nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka yona, e leng se tla mo thusa hore a nahane hantle le ho sebedisa seo a ithutileng sona ka Mangolong. (Diprov. 1:3, 4) Bara le baradi ba bo rona ba hloka thuso ya banna ba kgonang ho ruta le ho fana ka keletso e tswang ka Bibeleng. Haeba o kgona ho bala le ho ngola hantle, o tla kgona ho fana ka dipuo le dikarabo tse matlafatsang tumelo. O tla boela o kgone ho ngola dintlha tsa bohlokwa tse tla o thusa hore o matlafatse tumelo ya hao o be o kgothatse batho ba bang. w23.12 26-27 ¶9-11
Mantaha la 28 July
Ya nang le lona o matla ho feta ya nang le batho ba lefatshe.—1 Joh. 4:4.
Ha o ikutlwa o tshohile, nahana ka dintho tseo Jehova a tla di etsa nakong e tlang ha Satane a se a fedisitswe. Pontsho e ileng ya fanwa kopanong ya setereke ya 2014 e ile ya bontsha Ntate a buisana le lelapa la hae ka hore na 2 Timothea 3:1-5 e ka reng haeba e ne e ka hlalosa hore na bophelo bo ne bo tla ba jwang Paradeiseng, o ile a re: “Lefatsheng le letjha bophelo bo tla ba monate. Batho ba tla rata batho ba bang, ba rate nnete, ba ikokobetse, ba rorise Modimo, ba mamele batswadi, ba be le teboho, ba tshepahale, ba rate ba malapa a bona, ba dumellane le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, ba dule ba bua batho ba bang hantle, ba ithibe, ba be bonolo, ba rate dintho tse ntle, ba se ke ba fetohela batho ba bang, ba se ke ba eba manganga, ba se ke ba ikakasa, ba rate Modimo ho ena le ho rata menate, ba phele ka tsela e bontshang hore ba rata Modimo. Batho ba jwalo o ba kgomarele.” Na o na le ho qoqa le lelapa la hao kapa badumedimmoho ka hore na bophelo bo tla ba jwang lefatsheng le letjha? w24.01 6 ¶13-14
Labobedi la 29 July
O a nkgahlisa.—Luka 3:22.
Ho a kgothatsa ho tseba hore Jehova o amohela batho ba hae e le sehlopha. Bibele e re: “Jehova o rata batho ba hae.” (Pes. 149:4) Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding batho ba bang ba ka nyahama hoo ba ka ipotsang potso ena: ‘Na Jehova o a nkamohela?’ Bahlanka ba bangata ba Jehova ba tshepahalang ba neng ba phela mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, ka dinako tse ding ba ne ba utlwa ho le thata ho dumela hore Jehova o a ba amohela. (1 Sam. 1:6-10; Job 29:2, 4; Pes. 51:11) Bibele e bontsha ka ho hlaka hore batho ba sa phethahalang ba ka kgahlisa Jehova. Jwang? Re lokela ho bontsha tumelo ho Jesu Kreste mme re kolobetswe. (Joh. 3:16) Ha re etsa jwalo, re tla be re bontsha batho ba bang hore re baketse dibe tsa rona le hore re tshepisitse Modimo ho etsa thato ya hae. (Dik. 2:38; 3:19) Jehova o a thaba ha re nka mehato ena e le hore re be le kamano e ntle le yena. Jehova o tla re amohela a be a re nke re le metswalle ya hae e haufi haeba re leka kahohle hore re phelele tshepiso eo re mo etseditseng yona ya ho mo sebeletsa.—Pes. 25:14. w24.03 26 ¶1-2
Laboraro la 30 July
Re ke ke ra kgaotsa ho bua ka dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.—Dik. 4:20.
Re ka etsisa mohlala wa barutuwa ka hore re tswele pele ho bua le batho ka molaetsa wa Bibele le ha mmuso o thibela mosebetsi wa rona. Re ka kgodiseha hore Jehova o tla re thusa ho phetha tshebeletso ya rona. Ka hoo, rapella sebete le bohlale. Kopa Jehova hore a o thuse ho sebetsana le mathata. Bongata ba rona re sebetsana le ho kula mmeleng kapa maikutlong, ho hlokahallwa ke moratuwa, ho sebetsana le maemo a boima ka lapeng, ho hloriswa le mathata a mang a mangata. Dintho tse kang mafu a sewa le dintwa di entse hore ho be thata le ho feta ho sebetsana le mathata ana. Phetlela Jehova sefuba sa hao. Mo jwetse ka boemo boo o sebetsanang le bona jwalo ka ha o ne o tla bolella motswalle wa hao ya haufiufi. O kgodisehe hore Jehova “o tla o thusa.” (Pes. 37:3, 5) Ho dula re rapela ho tla re thusa ho ‘mamella ha re ena le mathata.’ (Bar. 12:12) Jehova o tseba mathata ao barapedi ba hae ba nang le ona ebile “o utlwa sello sa bona ha ba kopa thuso.”—Pes. 145:18, 19. w23.05 5-6 ¶12-15
Labone la 31 July
Etsang bonnete ba hore na ke dintho dife tse kgahlisang Morena.—Baef. 5:10.
Ha re hloka ho etsa diqeto tsa bohlokwa, re lokela ho utlwisisa “hore na thato ya Jehova ke efe” mme re etse dintho tumellanong le yona. (Baef. 5:17) Ha re batla melaomotheo e amanang le boemo ba rona, ho tshwana le ha re batla tsela eo Modimo a nahanang ka yona ka boemo ba rona. Ka hoo, ha re e sebedisa, re tla kgona ho etsa diqeto tse nepahetseng. “Ya kgopo,” e leng sera sa rona Satane a ka rata ho re phathahanya ka dintho tsa lefatshe lena hoo re ka hlokang nako ya ho sebeletsa Modimo. (1 Joh. 5:19) Ho ka ba bonolo hore Mokreste a amehe ka tjhelete, thuto kapa mosebetsi ho ena le hore a amehe ka ditsela tse ngata tseo a ka sebeletsang Jehova ka tsona. Ha seo se ka etsahala, ho tla be ho hlakile hore o nahana jwalo ka batho ba lefatshe lena ba sa sebeletseng Jehova. Nnete ke hore ha se hore dintho tsena di fosahetse empa ha di a lokela ho tla pele bophelong ba rona. w24.03 24 ¶16-17