Labobedi la 29 July
O a nkgahlisa.—Luka 3:22.
Ho a kgothatsa ho tseba hore Jehova o amohela batho ba hae e le sehlopha. Bibele e re: “Jehova o rata batho ba hae.” (Pes. 149:4) Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding batho ba bang ba ka nyahama hoo ba ka ipotsang potso ena: ‘Na Jehova o a nkamohela?’ Bahlanka ba bangata ba Jehova ba tshepahalang ba neng ba phela mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, ka dinako tse ding ba ne ba utlwa ho le thata ho dumela hore Jehova o a ba amohela. (1 Sam. 1:6-10; Job 29:2, 4; Pes. 51:11) Bibele e bontsha ka ho hlaka hore batho ba sa phethahalang ba ka kgahlisa Jehova. Jwang? Re lokela ho bontsha tumelo ho Jesu Kreste mme re kolobetswe. (Joh. 3:16) Ha re etsa jwalo, re tla be re bontsha batho ba bang hore re baketse dibe tsa rona le hore re tshepisitse Modimo ho etsa thato ya hae. (Dik. 2:38; 3:19) Jehova o a thaba ha re nka mehato ena e le hore re be le kamano e ntle le yena. Jehova o tla re amohela a be a re nke re le metswalle ya hae e haufi haeba re leka kahohle hore re phelele tshepiso eo re mo etseditseng yona ya ho mo sebeletsa.—Pes. 25:14. w24.03 26 ¶1-2
Laboraro la 30 July
Re ke ke ra kgaotsa ho bua ka dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.—Dik. 4:20.
Re ka etsisa mohlala wa barutuwa ka hore re tswele pele ho bua le batho ka molaetsa wa Bibele le ha mmuso o thibela mosebetsi wa rona. Re ka kgodiseha hore Jehova o tla re thusa ho phetha tshebeletso ya rona. Ka hoo, rapella sebete le bohlale. Kopa Jehova hore a o thuse ho sebetsana le mathata. Bongata ba rona re sebetsana le ho kula mmeleng kapa maikutlong, ho hlokahallwa ke moratuwa, ho sebetsana le maemo a boima ka lapeng, ho hloriswa le mathata a mang a mangata. Dintho tse kang mafu a sewa le dintwa di entse hore ho be thata le ho feta ho sebetsana le mathata ana. Phetlela Jehova sefuba sa hao. Mo jwetse ka boemo boo o sebetsanang le bona jwalo ka ha o ne o tla bolella motswalle wa hao ya haufiufi. O kgodisehe hore Jehova “o tla o thusa.” (Pes. 37:3, 5) Ho dula re rapela ho tla re thusa ho ‘mamella ha re ena le mathata.’ (Bar. 12:12) Jehova o tseba mathata ao barapedi ba hae ba nang le ona ebile “o utlwa sello sa bona ha ba kopa thuso.”—Pes. 145:18, 19. w23.05 5-6 ¶12-15
Labone la 31 July
Etsang bonnete ba hore na ke dintho dife tse kgahlisang Morena.—Baef. 5:10.
Ha re hloka ho etsa diqeto tsa bohlokwa, re lokela ho utlwisisa “hore na thato ya Jehova ke efe” mme re etse dintho tumellanong le yona. (Baef. 5:17) Ha re batla melaomotheo e amanang le boemo ba rona, ho tshwana le ha re batla tsela eo Modimo a nahanang ka yona ka boemo ba rona. Ka hoo, ha re e sebedisa, re tla kgona ho etsa diqeto tse nepahetseng. “Ya kgopo,” e leng sera sa rona Satane a ka rata ho re phathahanya ka dintho tsa lefatshe lena hoo re ka hlokang nako ya ho sebeletsa Modimo. (1 Joh. 5:19) Ho ka ba bonolo hore Mokreste a amehe ka tjhelete, thuto kapa mosebetsi ho ena le hore a amehe ka ditsela tse ngata tseo a ka sebeletsang Jehova ka tsona. Ha seo se ka etsahala, ho tla be ho hlakile hore o nahana jwalo ka batho ba lefatshe lena ba sa sebeletseng Jehova. Nnete ke hore ha se hore dintho tsena di fosahetse empa ha di a lokela ho tla pele bophelong ba rona. w24.03 24 ¶16-17