LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Genese 1:1-50:26
  • Genese

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Genese
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Genese

GENESE

1 Qalong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe.+

2 Lefatshe le ne le se na sebopeho ebile le se na letho mme metsi* a ne a kwahetswe ke lefifi.+ Moya o halalelang wa Modimo*+ o ne o eya kwana le kwana hodima metsi.+

3 Modimo a re: “Lesedi le ke le be teng.” Lesedi la eba teng.+ 4 Ka mora moo, Modimo a bona hore lesedi le molemo yaba Modimo o arola lesedi ho lefifi. 5 Modimo a bitsa lesedi Motshehare empa lefifi a le bitsa Bosiu.+ Ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng, leo ya eba letsatsi la pele.

6 Yaba Modimo o re: “Ho ke ho be le sepakapaka+ pakeng tsa metsi mme metsi a ke a arohane le metsi.”+ 7 Modimo a etsa sepakapaka mme a arola metsi a ka tlasa sepakapaka ho metsi a ka hodima sepakapaka.+ Ha eba jwalo. 8 Modimo a bitsa sepakapaka Lehodimo. Ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng, leo ya eba letsatsi la bobedi.

9 Yaba Modimo o re: “Metsi a ka tlasa mahodimo a ke a bokellane sebakeng se le seng mme ho ke ho hlahe sebaka se ommeng.”+ Ha eba jwalo. 10 Modimo a bitsa sebaka se ommeng Lefatshe+ empa a bitsa metsi a bokellaneng Mawatle.+ Modimo a bona hore ho molemo.+ 11 Modimo a re: “Lefatshe le ke le hlahise jwang, dimela tse hlahisang peo le difate tse behang ditholwana le peo ho ya ka mefuta ya tsona.” Ha eba jwalo. 12 Lefatshe la hlahisa jwang, dimela tse hlahisang peo+ le difate tse behang ditholwana le peo ho ya ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore ho molemo. 13 Ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng, leo ya eba letsatsi la boraro.

14 Yaba Modimo o re: “Ho ke ho be le letsatsi, kgwedi le dinaledi*+ sepakapakeng* ho arola motshehare le bosiu+ mme di tla tshwaya dinako tsa selemo, matsatsi le dilemo.+ 15 Di tla kganya sepakapakeng mme kganya ya tsona e fihle lefatsheng.” Ha eba jwalo. 16 Modimo a etsa letsatsi le kgwedi,* a etsa hore letsatsi le kganye motshehare+ mme kgwedi e kganye bosiu. A boela a etsa le dinaledi.+ 17 Modimo a di beha sepakapakeng hore di kganye lefatsheng 18 le hore di kganye motshehare le bosiu, di arole lesedi le lefifi.+ Modimo a bona hore ho molemo. 19 Ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng, leo ya eba letsatsi la bone.

20 Yaba Modimo o re: “Ho ke ho be le dibopuwa tse ngata metsing mme dibopuwa tse fofang di ke di fofe sepakapakeng.”+ 21 Modimo a bopa diphoofolo tse kgolo tsa lewatle, diphoofolo tsohle tse nyenyane tse phelang e le sehlopha ka metsing ho ya ka mefuta ya tsona le dibopuwa tsohle tse fofang tse nang le mapheo ho ya ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore ho molemo. 22 Modimo a di hlohonolofatsa a re: “Atang le ngatafale mme le tlale mawatleng.+ Dibopuwa tse fofang le tsona di ke di ngatafale lefatsheng.” 23 Ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng, leo ya eba letsatsi la bohlano.

24 Yaba Modimo o re: “Lefatshe le ke le be le diphoofolo ho ya ka mefuta ya tsona, diphoofolo tse ruuwang, diphoofolo tse hahabang* le diphoofolo tse hlaha ho ya ka mefuta ya tsona.”+ Ha eba jwalo. 25 Modimo a etsa diphoofolo tse hlaha ho ya ka mefuta ya tsona, diphoofolo tse ruuwang ho ya ka mefuta ya tsona le diphoofolo tsohle tse hahabang ho ya ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore ho molemo.

26 Yaba Modimo o re: “A re+ etse motho ya tshwanang le rona*+ mme a laole ditlhapi tsa lewatle, dibopuwa tse fofang,* diphoofolo tse ruuwang le phoofolo e nngwe le e nngwe e hahabang lefatsheng.”+ 27 Modimo a bopa motho ya tshwanang le yena,* a mo bopa hore a tshwane le Modimo, a bopa monna le mosadi.+ 28 Modimo a ba hlohonolofatsa a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatshe+ mme le le buse,+ le laole+ ditlhapi tsa lewatle le dibopuwa tse fofang le diphoofolo tse tsamayang lefatsheng.”

29 Yaba Modimo o re: “Ke le file dimela tsohle tse hlahisang peo lefatsheng lohle le difate tsohle tsa ditholwana tse hlahisang peo. E tla ba dijo tsa lona.+ 30 Diphoofolo tsohle tse hlaha, dibopuwa tsohle tse fofang le diphoofolo tsohle tse phelang tse lefatsheng, ke di file dimela tsohle tse tala hore e be dijo tsa tsona.”+ Ha eba jwalo.

31 Ka mora moo, Modimo a bona hore ntho e nngwe le e nngwe eo a e entseng e molemo haholo.+ Ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng, leo ya eba letsatsi la botshelela.

2 Modimo a qeta ho bopa mahodimo le lefatshe le dintho tsohle tse ho tsona.*+ 2 Ka letsatsi la bosupa, Modimo o ne a qetile mosebetsi wohle oo a neng a o etsa. Ka lona letsatsi leo, a phomola ka mora mosebetsi wohle oo a o entseng.+ 3 Modimo a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa mme a re le a halalela hobane letsatsing leo o ile a phomola ka mora mosebetsi wohle oo a o entseng.

4 Ena ke histori ya ha ho ne ho etswa mahodimo le lefatshe, letsatsing leo ka lona Jehova* Modimo a neng a etsa lehodimo le lefatshe.+

5 Ho ne ho eso ka ho eba le dihlahla le dimela lefatsheng hobane Jehova Modimo o ne a eso nese pula mme ho ne ho se na motho ya ka lemang. 6 Empa mohodi o ne o nyoloha fatshe mme o nosetsa lefatshe lohle.

7 Jehova Modimo a etsa motho ka lerole+ la lefatshe mme a budulela moya wa bophelo dinkong tsa hae e le hore a phele+ yaba motho o a phela.*+ 8 Ho ekelletsa moo, Jehova Modimo a lema serapa Edene,+ ho elella ka botjhabela mme a beha motho eo a mo entseng teng.+ 9 Jehova Modimo a medisa difate tsohle tse ntle le tseo ditholwana tsa tsona di ka jewang a ba a medisa sefate sa bophelo+ ha mmoho le sefate sa tsebo ya botle le bobe+ hara serapa.

10 Ho ne ho ena le noka e tswang Edene e nosetsang serapa seo mme ho tloha moo e ne e arohana e eba dinoka tse nne.* 11 Lebitso la noka ya pele ke Pishone. Ke yona e potolohileng naha yohle ya Havila, e nang le kgauta. 12 Kgauta ya naha eo e ntle. Ho na le mamina a sefate a nkgang ha monate* le lejwe la onikse moo. 13 Lebitso la noka ya bobedi ke Gihone, ke yona e potolohileng naha yohle ya Kushe. 14 Lebitso la noka ya boraro ke Hidekele,*+ ke yona e yang ka botjhabela ho Asiria.+ Lebitso la noka ya bone ke Eufrate.+

15 Jehova Modimo a beha motho serapeng sa Edene hore a se leme le ho se hlokomela.+ 16 Jehova Modimo a fa motho taelo ena: “O ka ja ditholwana tsa difate tsohle tse serapeng hore o kgotsofale.+ 17 Empa ha e le sefate sa tsebo ya botle le bobe, o se ke wa ja ditholwana tsa sona hobane letsatsing leo ka lona o di jang, ka nnete o tla shwa.”+

18 Yaba Jehova Modimo o re: “Ha ho hotle hore monna a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi ya mo tshwanelang.”*+ 19 Jehova Modimo o ne a entse diphoofolo tsohle tse hlaha le dibopuwa tsohle tse fofang* yaba o di tlisa ho motho ho bona hore na o tla di reha mabitso afe. Di ile tsa bitswa ka mabitso ao motho a ileng a di reha ona.+ 20 Motho a reha diphoofolo tsohle tse ruuwang mabitso le dibopuwa tse fofang le diphoofolo tsohle tse hlaha empa motho yena o ne a se na mothusi ya mo tshwanelang.* 21 Jehova Modimo a robatsa monna.* Ha a ntse a robetse, a nka e nngwe ya dikgopo tsa hae mme sebakeng seo a ntshitseng kgopo ho sona a kwahela ka nama. 22 Jehova Modimo a etsa mosadi ka kgopo eo a e nkileng ho monna yaba o mo tlisa ho monna.+

23 Monna a re:

“Jwale enwa ke lesapo la masapo a ka

Le nama ya nama ya ka.

O tla bitswa Mosadi

Hobane o nkilwe ho monna.”+

24 Ke ka lebaka leo monna a tla siya ntate wa hae le mme wa hae mme a kgomarele* mosadi wa hae, bobedi ba bona e tla ba nama e le nngwe.+ 25 Monna le mosadi wa hae ba ile ba dula ba sa apara.+ Le ha ho le jwalo, ba ne ba sa hlajwe ke dihlong.

3 Noha+ e ne e hlalefile* ho feta diphoofolo tsohle tse hlaha tseo Jehova Modimo a neng a di entse. Ya re ho mosadi: “Na ka nnete Modimo o itse le se ke la ja ditholwana tsa difate tsohle tse serapeng?”+ 2 Mosadi a re ho noha: “Re ka ja ditholwana tsa difate tse serapeng.+ 3 Empa ha Modimo a bua ka ditholwana tsa sefate se hara serapa,+ o ile a re: ‘Ho hang le se ke la di ja mme le se ke la di tshwara le ho di tshwara e le hore le se ke la shwa.’” 4 Noha ya re ho mosadi: “Ho hang le ke ke la shwa.+ 5 Modimo o a tseba hore mohlang le di jang, mahlo a lona a tla buleha mme le tla ba jwalo ka Modimo, le tsebe botle le bobe.”+

6 Ka lebaka leo, mosadi a bona hore ditholwana tsa sefate seo ekare di monate le hore di ka jewa. Ka nnete tsona di ne di kgadisa. Ka hoo, a kga tholwana mme a e ja.+ Ka mora moo, a fa le monna wa hae ha a se a ena le yena mme a e ja.+ 7 Mahlo a bona a buleha mme ba hlokomela hore ha ba a apara. Ka hoo, ba ithatela thekeng ka makgasi a feie.*+

8 Mantsiboya ha ho ntse ho foka moya o phodileng, ba utlwa lentswe la Jehova Modimo serapeng* mme monna le mosadi wa hae ba ipatela Jehova Modimo hara difate. 9 Jehova Modimo o ne a ntse a bitsa monna a re ho yena: “O hokae?” 10 Ha morao monna a re: “Ke utlwile lentswe la hao serapeng mme ka tshoha hobane ke ne ke sa apara yaba ke a ipata.” 11 Modimo a re: “O boleletswe ke mang hore ha o a apara?+ Na o jele tholwana ya sefate seo ke o laetseng hore o se ke wa ja ditholwana tsa sona?”+ 12 Monna a re: “Mosadi eo o mphileng yena o mphile tholwana ya sefate yaba ke a e ja.” 13 Jehova Modimo a re ho mosadi: “O entseng?” Mosadi a re: “Noha e nthetsitse yaba ke ja tholwana.”+

14 Jehova Modimo a re ho noha:+ “Ka lebaka la seo o se entseng, o rohakilwe hara diphoofolo tsohle tse ruuwang le hara diphoofolo tsohle tse hlaha. O tla hahaba ka mpa mme o tla ja lerole bophelo bohle ba hao. 15 Ke tla etsa hore wena+ le mosadi+ le hloyane+ le hore bana* ba hao+ le ngwana* wa hae+ ba hloyane. Ngwana eo o tla o kgoba hlooho+ mme wena o tla mo loma serethe.”+

16 Modimo a re ho mosadi: “Ke tla eketsa bohloko boo o tla bo utlwa ha o imme. O tla utlwa bohloko ba pelehi ha o ba le bana. O tla batla ho ba le monna wa hao mme o tla o laola.”

17 Modimo a re ho Adama:* “Ka ha o mametse mosadi wa hao mme o jele tholwana ya sefate seo ke ileng ka o laela ka re:+ ‘O se ke wa ja ditholwana tsa sona,’ lefatshe le rohakilwe ka lebaka la hao.+ O tla sebetsa ka thata* bophelo bohle ba hao hore o fumane dijo.+ 18 Lefatshe le tla o medisetsa meutlwa le dihlabahlabane mme o tla ja dimela tsa lona. 19 O tla ja dijo* ka mofufutso wa phatla ya hao* ho fihlela o kgutlela mobung ka ha o entswe ka wona.+ O lerole mme o tla kgutlela leroleng.”+

20 Ka mora moo, Adama a reha mosadi wa hae Eva* hobane e ne e tla ba mme wa batho bohle ba phelang.+ 21 Jehova Modimo a etsetsa Adama le mosadi wa hae diaparo tse telele tsa letlalo tseo ba tla di apara.+ 22 Jehova Modimo a re: “Motho o se a tseba botle le bobe jwalo ka rona.+ Jwale ke tlameha ho etsa ho hong e le hore a se ke a kga tholwana sefateng sa bophelo+ mme a e ja yaba o phela ka ho sa feleng.” 23 Jehova Modimo a mo leleka serapeng sa Edene+ ho ya lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.+ 24 Ka mora ho leleka motho, a beha dikerubime+ le sabole e tukang e neng e bidika e sa kgaotse ka botjhabela ho serapa sa Edene. A etsa sena e le ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo.

4 Adama a robala le mosadi wa hae Eva yaba o a ima.+ Ha Kaine+ a hlaha, Eva a re: “Jehova o nthusitse ho ba le* mora.” 2 Ha morao Eva a ba le mora e mong e leng Abele,+ ngwanabo Kaine.

Abele ya eba modisa mme Kaine ya eba molemi. 3 Ka mora nako e itseng, Kaine a tlisetsa Jehova nyehelo ya dijo tse tswang masimong. 4 Abele yena a tlisa matsibolo a diphoofolo tsa hae,+ a etsa mahlabelo ka tsona ha mmoho le mafura a tsona. Jehova o ile a amohela Abele le nyehelo ya hae+ 5 empa ho hang ha a ka a amohela Kaine le nyehelo ya hae. Kaine a halefa haholo mme a utlwa bohloko.* 6 Jehova a re ho Kaine: “Ke hobaneng ha o halefile hakaale ebile o utlwile bohloko?* 7 Haeba o ka fetoha mme wa etsa se setle, na nke ke ka o amohela?* Empa haeba o sa fetohe, sebe se o emetse monyako e le hore se o laole. Na o tla se hlola?”

8 Kaine a re ho ngwanabo Abele: “A re ye naheng.” Ha ba ntse ba le naheng, Kaine a hlasela ngwanabo Abele mme a mo bolaya.+ 9 Ha morao, Jehova a re ho Kaine: “Ngwaneno Abele o hokae?” A re: “Ha ke tsebe. Na ke nna mohlokomedi* wa hae?” 10 Modimo a re: “O entseng? Utlwa madi a ngwaneno a tsholletsweng fatshe+ a llela ho nna. 11 O rohakilwe mme ke o leleka sebakeng sena seo o bolaetseng ngwaneno ho sona.*+ 12 Ha o lema, mobu o ke ke wa hlahisa letho.* O tla lelera lefatsheng mme o be mmalehi.” 13 Kaine a re ho Jehova: “Kotlo eo o mphang yona ka lebaka la phoso eo ke e entseng e a nkimela mme ha ke kgone ho e mamella. 14 Kajeno o nteleka sebakeng sena mme ke tla ba hole le wena. Ke tla lelera lefatsheng, ke be mmalehi mme mang kapa mang ya mphumanang o tla mpolaya.” 15 Jehova a re ho yena: “Ka lebaka leo, mang kapa mang ya bolayang Kaine o tla fuwa kotlo ka makgetlo a supileng.”

Jehova a behela Kaine letshwao* la hore mang kapa mang ya mo fumanang a se ke a mo bolaya. 16 Kaine a tloha ka pela Jehova a yo dula naheng ya Botlamuwa* e ka botjhabela ho Edene.+

17 Kaine a robala le mosadi wa hae+ yaba o a ima mme o tswala Enoke. Kaine a haha motse mme a o rehella ka mora wa hae Enoke. 18 Enoke a ba le mora ya bitswang Irade. Irade a ba le mora ya bitswang Mehujaele, Mehujaele a ba le mora ya bitswang Methushaele mme Methushaele a ba le mora ya bitswang Lameke.

19 Lameke a nyala basadi ba babedi. Lebitso la mosadi wa pele e ne e le Ada mme wa bobedi e le Tsilla. 20 Ada a tswala Jabale. Jabale ke yena motho wa pele wa ho dula ditenteng le ho rua diphoofolo. 21 Lebitso la ngwanabo e ne e le Jubale. Ke yena motho wa pele wa ho letsa harepa le phala.* 22 Tsilla a ba le mora ya bitswang Tubale-kaine ya neng a etsa dithulusi tsa mefutafuta tsa koporo le tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-kaine e ne e le Naama. 23 Lameke a re ho basadi ba hae, e leng Ada le Tsilla:

“Mmameleng, lona basadi ba Lameke,

Le utlwe seo ke se buang:

Ke bolaile monna hobane a ntemaditse,

Ka nnete ke bolaile mohlankana hobane a nkotlile.

24 Haeba motho ya bolayang Kaine o tla fuwa kotlo ka makgetlo a supileng,+

Ya bolayang Lameke yena o tla fuwa kotlo ka makgetlo a 77.”

25 Adama a boela a robala le mosadi wa hae. Eva a ba le mora mme a mo reha Setha*+ hobane o ile a re: “Modimo o mphile mora* e mong bakeng sa Abele ka ha Kaine o mo bolaile.”+ 26 Setha a ba le mora mme a mo reha Enoshe.+ Ka nako eo, batho ba qala ho bitsa lebitso la Jehova.

5 Ena ke buka ya histori ya Adama. Letsatsing leo Modimo a bopileng Adama ka lona, o ile a mo etsa hore a tshwane le yena.+ 2 A bopa monna le mosadi.+ Letsatsing leo a ba bopileng ka lona+ a ba hlohonolofatsa yaba o ba bitsa Batho.*

3 Ha Adama a le dilemo di 130 o ile a ba le mora ya tshwanang le yena yaba o mo reha Setha.+ 4 Ka mora hore Setha a hlahe, Adama a phela dilemo tse 800 mme a ba le bara le baradi. 5 Adama o phetse dilemo tse 930 yaba o a shwa.+

6 Ha Setha a le dilemo di 105 o ile a ba le mora ya bitswang Enoshe.+ 7 Ka mora hore Enoshe a hlahe, Setha a phela dilemo tse 807 mme a ba le bara le baradi. 8 Setha o phetse dilemo tse 912 yaba o a shwa.

9 Ha Enoshe a le dilemo di 90, o ile a ba le mora ya bitswang Kenane. 10 Ka mora hore Kenane a hlahe, Enoshe a phela dilemo tse 815 mme a ba le bara le baradi. 11 Enoshe o phetse dilemo tse 905 yaba o a shwa.

12 Ha Kenane a le dilemo di 70, o ile a ba le mora ya bitswang Mahalalele.+ 13 Ka mora hore Mahalalele a hlahe, Kenane a phela dilemo tse 840 mme a ba le bara le baradi. 14 Kenane o phetse dilemo tse 910 yaba o a shwa.

15 Ha Mahalalele a le dilemo di 65, o ile a ba le mora ya bitswang Jarede.+ 16 Ka mora hore Jarede a hlahe, Mahalalele a phela dilemo tse 830 mme a ba le bara le baradi. 17 Mahalalele o phetse dilemo tse 895 yaba o a shwa.

18 Ha Jarede a le dilemo di 162, o ile a ba le mora ya bitswang Enoke.+ 19 Ka mora hore Enoke a hlahe, Jarede a phela dilemo tse 800 mme a ba le bara le baradi. 20 Jarede o phetse dilemo tse 962 yaba o a shwa.

21 Ha Enoke a le dilemo di 65, o ile a ba le mora ya bitswang Methusela.+ 22 Ka mora hore Methusela a hlahe, Enoke a nna a tsamaya le Modimo wa nnete* ka dilemo tse 300 mme a ba le bara le baradi. 23 Enoke o phetse dilemo tse 365. 24 Enoke a nna a tsamaya le Modimo wa nnete.+ Empa o ile a nyamela hobane Modimo o ile a mo nka.+

25 Ha Methusela a le dilemo di 187, o ile a ba le mora ya bitswang Lameke.+ 26 Ka mora hore Lameke a hlahe, Methusela a phela dilemo tse 782 mme a ba le bara le baradi. 27 Methusela o phetse dilemo tse 969 yaba o a shwa.

28 Ha Lameke a le dilemo di 182, o ile a ba le mora. 29 A mo reha Noe,*+ a re: “Enwa o tla re imolla* mosebetsing o boima wa matsoho a rona lefatsheng leo Jehova a le rohakileng.”+ 30 Ka mora hore Noe a hlahe, Lameke a phela dilemo tse 595 mme a ba le bara le baradi. 31 Lameke o phetse dilemo tse 777 yaba o a shwa.

32 Ha Noe a le dilemo di 500, o ile a ba le bara ba bitswang Sema,+ Kama+ le Jafeta.+

6 Ha batho ba ntse ba eketseha lefatsheng ebile ba eba le baradi, 2 bara ba Modimo wa nnete*+ ba hlokomela hore baradi ba batho ba batle. Ba inkela basadi bao ba ba batlang. 3 Jehova a re: “Nke ke ka mamella batho ka ho sa feleng+ hobane ke baetsadibe.* Ka lebaka leo, ba tla phela dilemo tse 120.”+

4 Ho ne ho ena le Banefilime* lefatsheng mehleng eo le ka mora moo. Ka nako eo, bara ba Modimo wa nnete ba robala le baradi ba batho mme ba eba le bana le bona. Bana ba bona e ne e le banna ba matla, ba neng ba tumme mehleng eo ya kgale.

5 Jehova a bona hore motho o etsa dintho tse ngata tse mpe le hore menahano le ditakatso tsa pelo ya hae di mpe ka dinako tsohle.+ 6 Jehova a itshola* hore ebe o entse batho lefatsheng mme pelo ya hae ya utlwa bohloko.+ 7 Jehova a re: “Ke tlo fedisa batho bao ke ba bopileng, diphoofolo tse ruuwang, diphoofolo tse hahabang le dibopuwa tse fofang hobane ke a itshola hore ebe ke entse batho.” 8 Empa Jehova o ile a hauhela* Noe.

9 Ena ke histori ya Noe.

Noe e ne e le motho ya lokileng.+ O ne a se na molato* hara batho ba mehleng ya hae. Noe o ne a tsamaya le Modimo wa nnete.+ 10 Ha nako e ntse e ya, Noe a ba le bara ba bararo ba bitswang Sema, Kama le Jafeta.+ 11 Empa lefatshe le ne le senyehile mahlong a Modimo wa nnete le bile le tletse ntwa. 12 Modimo a sheba lefatshe mme a bona hore le senyehile.+ Batho bohle ba ne ba etsa dintho tse mpe.+

13 Modimo a re ho Noe: “Ke entse qeto ya ho fedisa batho bohle hobane lefatshe le tletse ntwa ka lebaka la bona. Ke tla ba fedisa ha mmoho le ntho e nngwe le e nngwe e phelang.*+ 14 Iketsetse areka* ka difate.*+ O etse dikamore ka arekeng mme o e tlotse ka sekontiri+ ka ntle le ka hare. 15 O etse areka ka mokgwa ona: Bolelele e be dimithara tse ka bang 134,* bophara e be dimithara tse ka bang 22* mme bophahamo e be dimithara tse ka bang 13.* 16 O etsetse areka fensetere* hore ho be le kganya, e be disenthimithara tse ka bang 45* ho tloha hodimo. Monyako wa areka o be lehlakoreng+ mme e be le mokato o ka tlase, mokato wa bobedi le mokato wa boraro.

17 Ke tlo tlisa morwallo+ lefatsheng mme ke fedise dintho tsohle tse phelang tlasa mahodimo. Ntho e nngwe le e nngwe e lefatsheng e tla fediswa.+ 18 Ke etsa selekane* le wena, o kene ka arekeng le bara ba hao, mosadi wa hao le dingwetsi tsa hao.+ 19 O tlise dibopuwa tse pedi tsa mofuta o mong le o mong+ ka arekeng e le hore di pholohe le wena. O tlise tse tona le tse tshehadi.+ 20 O tlise dibopuwa tse fofang ho ya ka mefuta ya tsona, diphoofolo tse ruuwang ho ya ka mefuta ya tsona le diphoofolo tsohle tse hahabang ho ya ka mefuta ya tsona mme di tla kena le wena ka arekeng ka bobedi e le hore di pholohe.+ 21 O bokelle dijo tsa mefuta yohle hore e be dijo tsa hao+ le tsa diphoofolo.”

22 Noe a etsa dintho tsohle tseo Modimo a mo laetseng tsona. A fela a etsa jwalo.+

7 Jehova a re ho Noe: “Kena ka arekeng le lelapa lohle la hao hobane ke fumane e le wena ya lokileng hara batho bohle.+ 2 Mofuteng o mong le o mong wa diphoofolo tse hlwekileng, o nke tse supileng*+ tse tona le tse tshehadi. Diphoofolong tse sa hlwekang o nke tse pedi feela, e tona le e tshehadi. 3 Ho dibopuwa tse fofang o nke tse supileng,* tse tona le tse tshehadi e le ho boloka mofuta wa tsona o phela.+ 4 Ho setse matsatsi a supileng feela pele ke nesa pula+ lefatsheng ka matsatsi a 40 le masiu a 40.+ Ke tla fedisa dintho tsohle tse phelang lefatsheng tseo ke di entseng.”+ 5 Noe a etsa dintho tsohle tseo Jehova a mo laetseng tsona.

6 Noe o ne a le dilemo di 600 ha ho eba le morwallo lefatsheng.+ 7 Pele morwallo o fihla, Noe a kena ka arekeng le bara ba hae, mosadi wa hae le dingwetsi tsa hae.+ 8 Diphoofolo tsohle tse hlwekileng le tse sa hlwekang le dibopuwa tsohle tse fofang le tse hahabang,+ 9 tsa tla ho Noe ka bobedi mme tsa kena ka arekeng, e tona le e tshehadi feela jwalo ka ha Modimo a ne a laetse Noe. 10 Ka mora matsatsi a supileng, ha eba le morwallo lefatsheng.

11 Ha Noe a le dilemo di 600, ka letsatsi la bo17 kgweding ya bobedi, mehlodi yohle ya metsi* le dikgoro tsa metsi tsa mahodimo tsa buleha.+ 12 Pula ya na lefatsheng ka matsatsi a 40 le masiu a 40. 13 Letsatsing lona leo, Noe a kena ka arekeng le mosadi wa hae le bara ba hae e leng Sema, Kama le Jafeta+ ha mmoho le dingwetsi tsa hae tse tharo.+ 14 Ba kena le diphoofolo tsa mefuta yohle tse hlaha, tse ruuwang, tse hahabang le dibopuwa tsa mefuta yohle tse fofang, e leng dinonyana tsohle le dibopuwa tsohle tse nang le mapheo. 15 Diphoofolo tsa mefuta yohle tsa nna tsa tla ho Noe ka bobedi mme tsa kena ka arekeng. 16 Diphoofolo tse tona le tse tshehadi tsa mefuta yohle tsa kena ka arekeng, feela jwalo ka ha Modimo a ne a laetse Noe. Ka mora moo, Jehova a kwala monyako.

17 Pula ya na ka matsatsi a 40 lefatsheng mme metsi a eketseha, a phahamisetsa areka hodimo, ya phaphamala ka hodima ona. 18 Metsi a tlala mme a eketseha haholo lefatsheng empa areka ya phaphamala ka hodima ona. 19 Metsi a tlala lefatsheng hoo a ileng a kwahela dithaba tsohle tse telele.+ 20 Metsi a phahama ho fihlela a feta dithaba ka dimithara tse ka bang tse supileng.*

21 Dibopuwa tsohle* tse neng di le lefatsheng tsa shwa.+ Ha shwa batho bohle,+ dibopuwa tse fofang, diphoofolo tse ruuwang, diphoofolo tse hlaha le dibopuwa tse nyenyane tse tsamayang e le sehlopha. 22 Dibopuwa tsohle tse phelang* lefatsheng tsa shwa.+ 23 Modimo a fedisa dintho tsohle tse phelang lefatsheng ho akarelletsa batho, diphoofolo, diphoofolo tse hahabang le dibopuwa tse fofang. Kaofela tsa fediswa.+ Noe le ba nang le yena ka arekeng ke bona feela ba ileng ba pholoha.+ 24 Metsi a kwahela lefatshe ka matsatsi a 150.+

8 Modimo ha a ka a lebala* Noe le diphoofolo tsohle tse hlaha le tse ruuwang tse neng di ena le yena ka arekeng.+ Modimo a etsa hore moya o foke lefatsheng yaba metsi a qala ho fokotseha. 2 Mehlodi ya metsi le dikgoro tsa metsi tsa mahodimo tsa kwaleha. Pula ya emisa ho na.*+ 3 Metsi a fokotseha butlebutle mme ka mora matsatsi a 150 a ne a se a fokotsehile. 4 Ka letsatsi la bo17 kgweding ya bosupa, areka ya dula dithabeng tsa Ararate. 5 Metsi a ne a ntse a fokotseha butlebutle ho fihlela kgweding ya leshome. Ka letsatsi la pele kgweding ya leshome, dithaba tsa qala ho bonahala.+

6 Ka mora matsatsi a 40, Noe a bula fensetere+ eo a neng a e entse arekeng 7 mme a roma lekgwaba. Le ne le ntse le fofa ka ntle, le ya le kgutla ho fihlela metsi a omme.

8 Ha morao Noe a romela leeba ho bona hore na metsi a fokotsehile. 9 Leeba la se ke la fumana moo le ka dulang teng,* ka hoo la kgutlela ho yena arekeng hobane metsi a ne a ntse a kwahetse lefatshe lohle.+ A ntsha letsoho yaba o kenya leeba ka arekeng. 10 A ema matsatsi a mang a supileng mme a romela leeba hape. 11 Ha leeba le fihla ho yena mantsiboya, a bona molomong le ena le lekgasi la mohlwaare le qetang ho kguwa. Noe a tseba hore metsi a fokotsehile.+ 12 A ema matsatsi a mang a supileng yaba o romela leeba empa ha le a ka la hlola le kgutlela ho yena.

13 Ka selemo sa bo601,+ ka letsatsi la pele kgweding ya pele, metsi a ne a fokotsehile. Noe a bula karolo e nngwe ya marulelo a areka mme a bona hore ho ntse ho oma. 14 Ka letsatsi la bo27 kgweding ya bobedi, ho ne ho se ho omme.

15 Modimo a re ho Noe: 16 “Tswa ka arekeng le mosadi wa hao, bara ba hao le dingwetsi tsa hao.+ 17 O tswe le dibopuwa tsohle,+ e leng dibopuwa tse fofang, diphoofolo tsohle tse ruuwang, tse hlaha le tse hahabang e le hore di ka ata mme tsa ngatafala lefatsheng.”+

18 Noe a tswa le bara ba hae,+ mosadi wa hae le dingwetsi tsa hae. 19 Diphoofolo tsohle tse hlaha le tse hahabang le dibopuwa tsohle tse fofang, le tsona tsa tswa ka arekeng ka mefuta ya tsona.+ 20 Noe a hahela Jehova aletare+ mme a nka diphoofolo tse ding ho tsohle tse hlwekileng le dibopuwa tse ding ho tsohle tse fofang tse hlwekileng,+ a etsa dinyehelo tsa setjheso ka tsona aletareng.+ 21 Jehova a utlwa monko o monate.* Jehova a re ka pelong: “Nke ke ka hlola ke rohaka* lefatshe+ ka lebaka la motho hobane ka tlhaho motho o nahana dintho tse mpe ho tloha botjheng.+ Nke ke ka hlola ke fedisa dibopuwa tsohle jwalo ka ha ke entse.+ 22 Ho tloha hona jwale, ha ho mohla lefatshe le tla kgaotsa ho ba le nako ya motshehare le ya bosiu, ya ho jala peo le ho kotula, ya serame le motjheso le ya lehlabula le mariha.”+

9 Modimo a hlohonolofatsa Noe le bara ba hae mme a re ho bona: “Atang le ngatafale mme le tlale lefatshe.+ 2 Diphoofolo tsohle tse phelang lefatsheng, dibopuwa tse fofang, diphoofolo tsohle tse hahabang le ditlhapi tsohle tsa lewatle di tla le tshaba. Ke le fa tsona hore le di laole.+ 3 Diphoofolo tsohle tse phelang e tla ba dijo tsa lona.+ Ke le fa tsona feela jwalo ka ha ke le file dimela tse tala.+ 4 Empa le se ke la ja nama e ntseng e ena le madi, e leng bophelo ba yona.+ 5 Hape ke tla fa motho e mong le e mong ya le bolayang kotlo. Haeba le bolawa ke phoofolo efe kapa efe, phoofolo eo e lokela ho bolawa. Athe motho ofe kapa ofe ya bolayang ngwanabo ke tla mo fa kotlo.+ 6 Mang kapa mang ya bolayang motho* le yena o tla bolawa+ hobane Modimo o entse motho a tshwana le yena.+ 7 Lona atang le ngatafale mme le tlale lefatshe.”+

8 Modimo a re ho Noe le bara ba hae: 9 “Ke etsa selekane le lona+ le ditloholo tsa lona, 10 le dibopuwa tsohle tse nang le lona, dinonyana, diphoofolo le dibopuwa tsohle tse phelang lefatsheng, tse tswileng ka arekeng le lona.+ 11 Ke etsa selekane le lona hore ha ke sa tla hlola ke fedisa batho le diphoofolo* ka morwallo mme ha ke sa tla hlola ke fedisa lefatshe ka morwallo.”+

12 Modimo a boela a re: “Lena ke letshwao la selekane seo ke se etsang le lona le dibopuwa tsohle tse nang le lona mme se tla dula se le teng le melokong yohle e tla latela. 13 Ke beha mookodi wa ka marung mme e tla ba letshwao la selekane seo ke se entseng le dintho tsohle tse lefatsheng. 14 Neng kapa neng ha ke etsa hore ho be le maru, mookodi o tla hlaha ho ona. 15 Ke tla hopola selekane sa ka seo ke se entseng le lona le dibopuwa tsa mefuta yohle mme metsi e ke ke ya hlola e eba morwallo o tla fedisa batho le diphoofolo.+ 16 Ho tla ba le mookodi marung. Ke tla o bona mme ke hopole selekane se sa feleng seo ke se entseng le dibopuwa tsa mefuta yohle tse lefatsheng.”

17 Modimo a boela a bua le Noe a re: “Lena ke letshwao la selekane seo ke se etsang le batho le diphoofolo tsohle tse lefatsheng.”+

18 Bara ba Noe ba tswileng ka arekeng ke Sema, Kama le Jafeta.+ Ha morao Kama a ba le mora ya bitswang Kanana.+ 19 Bana ke bara ba Noe ba bararo mme batho bohle ba phelang dikarolong tse fapaneng tsa lefatshe ba tswa ho bona.+

20 Noe ya eba molemi mme a lema serapa sa morara. 21 Ka letsatsi le leng a nwa veine, a tahwa yaba o hlobola diaparo tsa hae a le ka tenteng ya hae. 22 Kama ntate wa Kanana, a bonela ntate wa hae mme a bolella bana babo ba babedi ba neng ba le ka ntle. 23 Sema le Jafeta ba nka seaparo, ba se beha mahetleng a bona mme ba kena ka tenteng ba tjhetjha. Ba kwahela ntate wa bona ba shebile ka thoko. Ha ba a ka ba bonela ntate wa bona.

24 Ha Noe a hlaphohelwa mme a utlwa hore na mora wa hae e monyenyane o mo entseng, 25 a re:

“Kanana a ke a rohakwe.+

E ke e be lekgoba le tlasetlase la bana babo.”+

26 A boela a re:

“Ho roriswe Jehova, Modimo wa Sema,

Kanana e ke e be lekgoba la hae.+

27 Modimo a ke a fe Jafeta naha e kgolo,

A dule ditenteng tsa Sema.

Kanana e ke e be lekgoba la hae.”

28 Noe a phela dilemo tse 350 ka mora Morwallo.+ 29 Noe o phetse dilemo tse 950 yaba o a shwa.

10 Ena ke histori ya bara ba Noe, e leng Sema,+ Kama le Jafeta.

Ba ile ba eba le bara ka mora Morwallo.+ 2 Bara ba Jafeta e ne e le Gomere,+ Magogo,+ Madai, Javane, Tubale,+ Mesheke+ le Tirase.+

3 Bara ba Gomere e ne e le Ashkenaze,+ Rifathe le Togarma.+

4 Bara ba Javane e ne e le Elisha,+ Tarshishe,+ Kitime+ le Dodanime.

5 Ditloholo tsa bona di ile tsa hasana dihlekehlekeng mme tsa dula ho ya ka dipuo, malapa le ditjhaba tsa habo tsona.

6 Bara ba Kama e ne e le Kushe, Mizraime,+ Pute+ le Kanana.+

7 Bara ba Kushe e ne e le Seba,+ Havila, Sabta, Rama+ le Sabteka.

Bara ba Rama e ne e le Sheba le Dedane.

8 Kushe a ba le mora ya bitswang Nimrode. Ke yena motho wa pele wa ho ba matla lefatsheng. 9 E ile ya eba setsomi se matla se hanyetsang Jehova. Ke ka lebaka leo ho nang le mantswe a reng: “Feela jwalo ka Nimrode, setsomi se matla se hanyetsang Jehova.” 10 Metse ya pele eo a ileng a e busa ke Babele,+ Ereke,+ Akade le Kalene. Metse eo e ne e le naheng ya Shinare.+ 11 Ho tloha naheng eo a ya Asiria+ mme a haha Ninive,+ Rehobothe-Ire, Kala 12 le Resene e neng e le pakeng tsa Ninive le Kala: Ona ke motse o moholo.*

13 Mizraime a ba le bara ba bitswang Ludime,+ Anamime, Lehabime, Naftuhime,+ 14 Patrusime,+ Kasluhime (eo Bafilista+ ba hlahang ho yena) le Kaftorime.+

15 Kanana a ba le mora ya bitswang Sidone,+ e leng mora wa hae wa letsibolo, a latelwa ke Hethe,+ 16 Bajebuse,+ Baamore,+ Bagirgashe, 17 Baheve,+ Baarke, Basine, 18 Baarvade,+ Bazemare le Bahamathe.+ Ka mora moo, malapa a Bakanana a hasana. 19 Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone ho ya fihla Gerare+ haufi le Gaza+ le ho ya fihla Sodoma, Gomora,+ Adma le Zeboime+ haufi le Lasha. 20 Bana e ne e le bara ba Kama ho ya ka malapa, dipuo, dinaha le ditjhaba tsa bona.

21 Sema le yena a ba le bana. Ke moholoholo wa bana bohle ba Ebere+ ebile ke ngwanabo Jafeta.* 22 Bara ba Sema e ne e le Elame,+ Asshure,+ Arpakshade,+ Lude le Arame.+

23 Bara ba Arame e ne e le Utse, Hule, Gethere le Mashe.

24 Arpakshade a ba le mora ya bitswang Shela+ mme Shela a ba le mora ya bitswang Ebere.

25 Ebere a ba le bara ba babedi. Lebitso la e mong e ne e le Pelege*+ hobane baahi ba lefatshe ba ile ba arolwa* mehleng ya hae mme lebitso la ngwanabo e le Jokthane.+

26 Jokthane a ba le bara ba bitswang Almodade, Shelefe, Hazaremavethe, Jera,+ 27 Hadorame, Uzale, Dikla, 28 Obale, Abimaele, Sheba, 29 Ofire,+ Havila le Jobabe. Kaofela e ne e le bara ba Jokthane.

30 Ba ne ba ahile ho tloha Mesha ho ya fihla Sefare, sebakeng se dithaba sa Botjhabela.

31 Bana e ne e le bara ba Sema ho ya ka malapa, dipuo, dinaha le ditjhaba tsa bona.+

32 Ana ke malapa a bara ba Noe ho ya ka meloko le ditjhaba tsa bona. Ditjhaba tse ileng tsa tlala lefatsheng ka mora Morwallo di ne di tswa ho bona.+

11 Batho bohle ba lefatsheng ba ne ba bua puo e le nngwe ebile ba ena le pokello e le nngwe ya mantswe. 2 Ha ba ntse ba ya botjhabela, ba ile ba fihla thoteng ya naha ya Shinare+ yaba ba dula teng. 3 Ba buisana ba re: “Tloong, re etseng ditene re di bese ka mollo.” Ba sebedisa ditene ho ena le ho sebedisa majwe mme ba sebedisa sekontiri e le seretse. 4 Ba re: “A re ikaheleng motse le tora e fihlang mahodimong hore re tume e le hore re se ke ra hasanngwa lefatsheng lohle.”+

5 Jehova a theoha ho ya bona motse le tora eo bara ba batho ba e hahileng. 6 Jehova a re: “Batho bana ke setjhaba se le seng ebile ba bua puo e le nngwe.+ Bona hore na ba etsang! Ba ke ke ba hloleha ho etsa letho leo ba batlang ho le etsa. 7 A re+ theohe mme re ferekanye puo ya bona e le hore ba se ke ba utlwana ha ba bua.” 8 Jehova a ba hasanya lefatsheng lohle+ mme butlebutle ba tlohela ho haha motse. 9 Ke ka lebaka leo motse oo o ileng wa bitswa Babele*+ hobane ke moo Jehova a ileng a ferekanya puo ya batho bohle* mme Jehova a hasanya batho lefatsheng lohle.

10 Ena ke histori ya Sema.+

Sema o ne a le dilemo di 100 ha a eba le mora ya bitswang Arpakshade.+ E ne e le dilemo tse pedi ka mora Morwallo. 11 Ka mora hore Arpakshade a hlahe, Sema a phela dilemo tse 500 mme a ba le bara le baradi.+

12 Ha Arpakshade a le dilemo di 35, a ba le mora ya bitswang Shela.+ 13 Ka mora hore Shela a hlahe, Arpakshade a phela dilemo tse 403 mme a ba le bara le baradi.

14 Ha Shela a le dilemo di 30, a ba le mora ya bitswang Ebere.+ 15 Ka mora hore Ebere a hlahe, Shela a phela dilemo tse 403 mme a ba le bara le baradi.

16 Ha Ebere a le dilemo di 34, a ba le mora ya bitswang Pelege.+ 17 Ka mora hore Pelege a hlahe, Ebere a phela dilemo tse 430 mme a ba le bara le baradi.

18 Ha Pelege a le dilemo di 30, a ba le mora ya bitswang Reu.+ 19 Ka mora hore Reu a hlahe, Pelege a phela dilemo tse 209 mme a ba le bara le baradi.

20 Ha Reu a le dilemo di 32, a ba le mora ya bitswang Seruge. 21 Ka mora hore Seruge a hlahe, Reu a phela dilemo tse 207 mme a ba le bara le baradi.

22 Ha Seruge a le dilemo di 30, a ba le mora ya bitswang Nakore. 23 Ka mora hore Nakore a hlahe, Seruge a phela dilemo tse 200 mme a ba le bara le baradi.

24 Ha Nakore a le dilemo di 29, a ba le mora ya bitswang Tera.+ 25 Ka mora hore Tera a hlahe, Nakore a phela dilemo tse 119 mme a ba le bara le baradi.

26 Ka mora hore Tera a phele dilemo tse 70, o ile a ba le bara. Mabitso a bona e ne e le Abrame,+ Nakore+ le Harane.

27 Ena ke histori ya Tera.

Tera o ile a ba le bara ba bitswang Abrame, Nakore le Harane. Harane a ba le mora ya bitswang Lota.+ 28 Harane a shwella naheng ya Ure+ ya Bakalde+ moo a hlahetseng teng mme ntate wa hae Tera o ne a ntse a phela. 29 Abrame le Nakore ba ile ba nyala. Lebitso la mosadi wa Abrame e ne e le Sarai+ mme lebitso la mosadi wa Nakore e le Milka,+ moradi wa Harane. Harane e ne e le ntate wa Milka le Iska. 30 Sarai o ne a sa kgone ho ba le bana.+

31 Tera a nka mora wa hae Abrame, ngwetsi ya hae Sarai mosadi wa Abrame le Lota setloholo sa hae,+ mora wa Harane. Ba tloha le yena Ure ya Bakalde ba ya naheng ya Kanana.+ Ka mora nako ba fihla Harane+ yaba ba dula teng. 32 Tera o ile a phela dilemo tse 205 yaba o shwella Harane.

12 Jehova a re ho Abrame: “Tloha naheng ya heno, ho ba leloko la hao le ntlong ya ntate wa hao, o ye naheng eo ke tla o bontsha yona.+ 2 Ke tla o etsa setjhaba se seholo mme ke o hlohonolofatse. Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale mme batho ba tla hlohonolofatswa ka lebaka la hao.+ 3 Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke bitsetse bomadimabe ba o bitsetsang bomadimabe.+ Malapa ohle a lefatsheng a tla hlohonolofatswa* ka lebaka la hao.”+

4 Abrame a tsamaya feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse mme Lota a tsamaya le yena. Abrame o ne a le dilemo di 75 ha a tloha Harane.+ 5 Abrame a nka dintho tsohle tseo a neng a ena le tsona,+ a tsamaya le mosadi wa hae Sarai,+ Lota ngwana wa ngwanabo+ le basebeletsi bao a ba fumaneng Harane yaba ba ya naheng ya Kanana.+ Ha ba fihla teng, 6 Abrame a tsamaya ka hara naha eo ho ya fihla Shikeme,+ haufi le difate tse kgolo tse sebakeng se bitswang More.+ Ka nako eo, Bakanana ba ne ba dula naheng ya Kanana. 7 Jehova a hlaha ho Abrame a re: “Ke tla fa bana* ba hao+ naha ena.”+ Abrame a haha aletare sebakeng seo, moo Jehova Modimo a ileng a hlaha ho yena. 8 Ha morao a tloha moo a ya sebakeng se dithaba ka botjhabela ho Bethele.+ A hloma tente ya hae pakeng tsa Bethele le Ai.+ Bethele e le ka bophirimela mme Ai e le ka botjhabela. O ile a hahela Jehova aletare+ moo yaba o qala ho bitsa lebitso la Jehova.+ 9 Ka mora moo, Abrame a hlomolla ditente mme a leba Negebe,+ a tsamaya a hloma ditente dibakeng ka ho fapana.

10 Ha eba le tlala naheng eo mme Abrame a ya Egepeta ho ya dula teng ka nakwana*+ hobane tlala e ne e le kgolo+ naheng eo a tswang ho yona. 11 Ha a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosadi wa hae Sarai: “Mamela hle, ke a tseba hore o mosadi e motle.+ 12 Ha Baegepeta ba o bona ba tla re, ‘Enwa ke mosadi wa hae.’ Ba tla mpolaya empa wena ba ke ke ba o bolaya. 13 Ke kopa o re o kgaitsedi ya ka e le hore ke se ke ka etsahallwa ke letho. O tla be o sireleditse bophelo ba ka.”+

14 Hang ha Abrame a fihla Egepeta, Baegepeta ba hlokomela hore Sarai o motle haholo. 15 Dikgosana tsa Faro le tsona tsa mo bona mme tsa bolella Faro ka moo a leng motle ka teng yaba Sarai o iswa ka tlung ya Faro. 16 Faro a tshwara Abrame hantle ka lebaka la Sarai mme a mo fa dinku, dikgomo, ditonki tse tona le tse tshehadi, basebeletsi ba banna le ba basadi le dikamele.+ 17 Jehova a otla Faro le ba lelapa la hae le basebeletsi ba hae ha bohloko ka lebaka la Sarai mosadi wa Abrame.+ 18 Faro a bitsa Abrame a re: “Ke hobaneng ha o nkentse tjee? Ke hobaneng ha o sa mpolella hore mosadi eo ke wa hao? 19 Ke hobaneng ha o itse ke kgaitsedi ya hao?+ Ke batlile ke mo nyala. Mosadi wa hao ke enwa. Mo nke mme o tsamaye!” 20 Faro a laela bahlanka ba hae hore ba felehetse Abrame le mosadi wa hae le dintho tsohle tseo a nang le tsona.+

13 Abrame a tloha Egepeta a ya Negebe+ le mosadi wa hae le dintho tsohle tseo a nang le tsona. O ne a boetse a tsamaya le Lota. 2 Abrame o ne a ena le silevera, kgauta le diphoofolo tse ngata.+ 3 O ne a tsamaya a hloma ditente dibakeng ka ho fapana ha a ya Bethele a tswa Negebe, ho fihlela a fihla pakeng tsa Bethele le Ai.+ O ne a kile a hloma tente ya hae moo. 4 O ne a kile a haha aletare moo pele. Abrame a bitsa lebitso la Jehova moo.

5 Lota o ne a tsamaya le Abrame mme le yena o ne a ena le dinku, dikgomo le ditente. 6 Ba ne ba sa kgone ho dula sebakeng se le seng hobane ba ne ba ena le dintho tse ngata haholo. 7 Ka lebaka leo, badisa ba diphoofolo tsa Abrame le badisa ba diphoofolo tsa Lota ba qabana. (Ka nako eo, Bakanana le Bapereze ba ne ba dula naheng eo.)+ 8 Abrame a re ho Lota:+ “Nna le wena le badisa ba rona ha re a lokela ho qabana hobane nna le wena re bana ba motho. 9 O ka ikgethela moo o batlang ho dula teng naheng ena. Ke kopa hore re arohane. Haeba o ya ka lehlakoreng le letshehadi, ke tla ya ka ho le letona empa haeba o ya ka ho le letona, ke tla ya ka ho le letshehadi.” 10 Ha Lota a sheba, a bona hore setereke sohle sa Jordane+ ho ya fihla Zoware+ ke sebaka se nang le metsi a mangata (ke pele Jehova a fedisa Sodoma le Gomora), se tshwana le serapa sa Jehova+ le naha ya Egepeta. 11 Lota a kgetha setereke sohle sa Jordane mme a tlosa ditente tsa hae a di isa ka botjhabela. Ba arohana. 12 Abrame a dula naheng ya Kanana empa Lota a dula metseng ya setereke sa Jordane.+ Qetellong Lota a hloma ditente tsa hae haufi le Sodoma. 13 Banna ba Sodoma ba ne ba le kgopo, e le baetsadibe ba baholo ho Jehova.+

14 Ka mora hore Lota a arohane le Abrame, Jehova a re ho Abrame: “Ke kopa hore sebakeng seo o leng ho sona o shebe ka leboya, ka borwa, ka botjhabela le ka bophirimela. 15 Naha yohle eo o e bonang ke tla e fa wena le bana* ba hao hore e be ya lona ka ho sa feleng.+ 16 Hape ke tla etsa hore bana* ba hao ba be bangata jwalo ka lerole la lefatshe, ha ho na motho ya tla kgona ho ba bala.+ 17 Tsamaya naha ena kaofela mme o tsebe bolelele le bophara ba yona hobane ke tlo o fa yona.” 18 Abrame a nna a dula ditenteng. Ha morao a dula hara difate tse kgolo tsa Mamre+ tse Hebrone+ mme a hahela Jehova aletare moo.+

14 Mehleng ya Amrafele morena wa Shinare,+ Arioke morena wa Elasare, Kedorlaomere+ morena wa Elame+ le Tidale morena wa Goime, 2 ba lwantsha Bera morena wa Sodoma,+ Birsha morena wa Gomora,+ Shinabe morena wa Adma, Shemebere morena wa Zeboime+ le morena wa Bela. Lebitso le leng la Bela ke Zoware. 3 Marena ana kaofela a kopanya masole a ona Kgohlong* ya Sidime,+ Lewatleng la Letswai.*+

4 Marena ana a ne a sebeleditse Kedorlaomere ka dilemo tse 12 empa ka selemo sa bo13 a mo fetohela. 5 Ka selemo sa bo14, Kedorlaomere a tla le marena a neng a ena le yena mme ba hlola Barefaime ba neng ba le Ashterothe-karnaime, Bazuzime ba leng Hame, Baemime+ ba leng Shave-kiriathaime 6 le Bahore+ thabeng ya bona ya Seire+ ho ya fihla Ele-parane e lefeelleng. 7 Ba kgutla ba tla Ene-mishpate, e leng Kadeshe+ yaba ba hlola naha yohle ya Baamaleke+ le Baamore+ ba neng ba dula Hazazone-tamare.+

8 Morena wa Sodoma, morena wa Gomora, morena wa Adma, morena wa Zeboime le morena wa Bela, eo lebitso le leng la yona e leng Zoware, ba ikopanya ho ya lwana Kgohlong* ya Sidime, 9 ho lwantsha Kedorlaomere morena wa Elame, Tidale morena wa Goime, Amrafele morena wa Shinare le Arioke morena wa Elasare.+ Marena a mane a lwantsha a mahlano. 10 Kgohlo* ya Sidime e ne e ena le dikoti tse ngata tsa sekontiri mme marena a Sodoma le Gomora a wela ka hara tsona ha a ne a leka ho baleha. Marena a mang a ile a balehela sebakeng se dithaba. 11 Marena a hlotseng a nka dintho tsohle tsa Sodoma le Gomora le dijo tsohle mme a tsamaya.+ 12 A nka le Lota ngwana wa ngwanabo Abrame. Lota o ne a dula Sodoma.+ A nka le dintho tsa hae yaba a a tsamaya.

13 Ka mora moo, ho ile ha tla monna e mong ya neng a phonyohile yaba o bolella Abrame wa Moheberu se etsahetseng. Abrame o ne a dula* hara difate tse kgolo tsa Moamore ya bitswang Mamre,+ abuti wa* Eshkole le Anere.+ Banna bana ba ne ba entse selekane le Abrame. 14 Ha Abrame a utlwa hore e mong wa leloko la hae*+ o hapilwe, a bokella bahlanka ba hae ba kwetlisitsweng e leng basebeletsi ba 318 ba hlahetseng ntlong ya hae mme a lelekisa marena ao ho ya fihla Dane.+ 15 Bosiu ba ikarola mme yena le basebeletsi ba hae ba hlasela marena ao, ba a hlola. A a lelekisa ho fihlela Hoba e ka leboya ho Damaseka. 16 Abrame a kgutla le Lota, ngwana wa ngwanabo ha mmoho le dintho tsohle tsa hae. Hape a kgutla le dintho tse ding tsohle tse neng di hapilwe, basadi le batho ba bang kaofela.

17 Ha Abrame a kgutla a hlotse Kedorlaomere le marena a neng a ena le yena, morena wa Sodoma a mo kgahlanyetsa Kgohlong* ya Shave, eo hape e bitswang Kgohlo ya Morena.+ 18 Melkizedeke+ morena wa Saleme+ a tlisa bohobe le veine. E ne e le moprista wa Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa.+

19 A mo hlohonolofatsa a re:

“Abrame a hlohonolofatswe ke Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa,

Moetsi wa lehodimo le lefatshe.

20 Ho roriswe Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa,

Ya o thusitseng ho hlola dira tsa hao!”

Yaba Abrame o mo fa karolo ya leshome ya dintho tsohle tse neng di hapilwe.+

21 Ka mora moo, morena wa Sodoma a re ho Abrame: “Mphe batho, wena o inkele thepa.” 22 Empa Abrame a re ho morena wa Sodoma: “Ke phahamisa letsoho la ka ke ikana ho Jehova Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa, Moetsi wa lehodimo le lefatshe 23 hore nke ke ka nka letho la hao, le ha e le kgwele kapa lerapo la seeta* e le hore o se ke wa re, ‘Ke nna ya ruisitseng Abrame.’ 24 Nke ke ka nka letho haese feela seo bahlankana ba seng ba se jele. Empa ha e le banna ba tsamaileng le nna e leng Anere, Eshkole le Mamre,+ ba ke ba nke karolo ya bona.”

15 Ka mora moo, Jehova a bua le Abrame ponong a re: “Abrame, o se ke wa tshoha.+ Ke nna thebe ya hao.+ Moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”+ 2 Abrame a re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, o tla mpha eng ha e le moo ke ntse ke se na ngwana mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Eliezere+ monna ya tswang Damaseka?” 3 Abrame a boela a re: “Ha o a mpha mora*+ mme mohlanka wa ka o tla ntlhahlama e le mojalefa.” 4 Jehova a re ho yena: “Monna enwa ha se yena eo e tla ba mojalefa. Mora* wa hao ke yena eo e tla ba mojalefa.”+

5 Modimo a re Abrame a ye ka ntle yaba o re ho yena: “Ke kopa o shebe mahodimong mme o bale dinaledi haeba o ka kgona.” Ka mora moo a re: “Bana* ba hao ba tla ba bangata jwalo ka tsona.”+ 6 Abrame a bontsha tumelo ho Jehova+ yaba Modimo o mo nka e le motho ya lokileng.+ 7 A boela a re: “Ke nna Jehova, ya o ntshitseng Ure ya Bakalde ho o fa naha ena hore e be ya hao.”+ 8 Abrame a re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, ke tla tseba jwang hore e tla ba ya ka?” 9 Modimo a re ho yena: “Ntlisetse kgomo ya sethojana* e dilemo di tharo, podi e tshehadi e dilemo di tharo, ramo e dilemo di tharo, leebanakgorwana le leeba le lenyenyane.” 10 A nka diphoofolo tsena tsohle, a di seha dikarolo tse pedi yaba o beha halofo e nngwe e shebane le e nngwe. Empa dinonyana tsona a di tlohela a sa di seha. 11 Dinonyana tse jang nama tsa theohela diphoofolong tseo tse shweleng empa Abrame a nna a di leleka.

12 Ha letsatsi le le haufi le ho dikela, Abrame a tshwarwa ke boroko bo tebileng mme ha eba le lefifi le tshosang. 13 Modimo a re ho Abrame: “Tseba hore bana* ba hao e tla ba baditjhaba naheng eo e seng ya bona le hore batho ba moo ba tla ba etsa makgoba mme ba ba hlorise ka dilemo tse 400.+ 14 Empa ke tla ahlola setjhaba seo bana ba hao ba tla se sebeletsa+ mme ka mora moo ba tla tloha ba nkile dintho tse ngata.+ 15 Ha e le wena, o tla shwa ka kgotso o se o hodile mme o patwe jwalo ka baholoholo ba hao.+ 16 Empa moloko wa bone wa bana ba hao o tla kgutlela mona+ hobane nako ya hore Baamore ba ahlolwe ha eso fihle.”+

17 Ha letsatsi le se le diketse mme ho se ho le lefifi haholo, ha hlaha sebopi se kubellang mosi mme lelakabe la mollo la feta pakeng tsa diphoofolo tse sehilweng. 18 Letsatsing leo, Jehova a etsa selekane le Abrame+ a re: “Ke tla fa bana* ba hao naha ena,+ ho tloha nokeng ya Egepeta ho ya nokeng e kgolo ya Eufrate.+ 19 Naha eo ke tla ba fa yona ke ya Bakene,+ Bakenize, Bakadmone, 20 Bahethe,+ Bapereze,+ Barefaime,+ 21 Baamore, Bakanana, Bagirgashe le Bajebuse.”+

16 Sarai mosadi wa Abrame o ne a se na bana.+ Le ha ho le jwalo, o ne a ena le mosebeletsi wa Moegepeta ya bitswang Hagare.+ 2 Sarai a re ho Abrame: “Jehova o entse hore ke se ke ka ba le bana. Ke kopa hore o robale le mosebeletsi wa ka, mohlomong ke tla ba le bana ka yena.”+ Abrame a mamela Sarai. 3 Ha Abrame a ena le dilemo tse leshome a dula naheng ya Kanana, Sarai a nka Hagare mosebeletsi wa hae wa Moegepeta mme a mo fa monna wa hae Abrame hore e be mosadi wa hae. 4 Abrame a robala le Hagare mme a ima. Ha Hagare a hlokomela hore o imme, a qala ho tella Sarai monga hae.

5 Sarai a re ho Abrame: “Ke phoso ya hao hore ebe ke utlwisitswe bohloko. Ke nna ya o fileng* mosebeletsi wa ka Hagare empa ha a hlokomela hore o imme, o ile a qala ho ntella. E se eka Jehova a ka ahlola hore na ke mang ya phoso pakeng tsa ka le wena.” 6 Abrame a re ho Sarai: “Hagare ke mosebeletsi wa hao, etsa ntho le ha e le efe eo o batlang ho e etsa ka yena.” Sarai a tlotlolla Hagare yaba Hagare o a mo baleha.

7 Ha morao lengeloi la Jehova la mo fumana a le sedibeng sa metsi lefeelleng, e leng sediba se tseleng e yang Shure.+ 8 La re: “Hagare mosebeletsi wa Sarai, o tswa kae mme o ya kae?” A re: “Ke baleha mongaka Sarai.” 9 Lengeloi la Jehova la re: “Kgutlela ho monga hao Sarai mme o fihle o ikokobeletse yena.” 10 Lengeloi la Jehova la re: “Ke tla etsa hore bana* ba hao ba be bangata haholo hoo ba ke keng ba balwa.”+ 11 Lengeloi la Jehova la boela la re: “O imme mme o tla ba le mora. O mo rehe Ishmaele* hobane Jehova o utlwile hore o mathateng. 12 E tla ba monna ya jwalo ka tonki e hlaha.* O tla lwantsha batho bohle le bona ba tla mo lwantsha. Hape o tla dula haufi le bana babo kaofela.”*

13 Hagare a bitsa lebitso la Jehova, ya neng a bua le yena a re: “O Modimo ya bonang dintho tsohle.”+ Yaba o re: “Na ka nnete ke bone ya mponang?” 14 Ke ka lebaka leo sediba seo se ileng sa bitswa Beere-lahai-roi.* (Se pakeng tsa Kadeshe le Berede.) 15 Hagare a ba le mora mme Abrame a mo reha Ishmaele.+ 16 Abrame o ne a le dilemo di 86 ha Hagare a eba le Ishmaele.

17 Ha Abrame a le dilemo di 99, Jehova a hlaha ho yena a re: “Ke nna Modimo ya Matla Ohle. Tsamaya ditseleng tsa ka e le hore o hloke molato. 2 Ke tla etsa selekane le wena,+ ke be ke etse hore o be le ditloholo tse ngata.”+

3 Abrame a kgumama* mme Modimo a re ho yena: 4 “Ke entse selekane le wena+ mme o tla ba ntate wa ditjhaba tse ngata.+ 5 Ha o sa tla bitswa Abrame* empa o tla bitswa Abrahama* hobane ke tla o etsa ntate wa ditjhaba tse ngata. 6 Ke tla o atisa haholo mme ho wena ho tla tswa ditjhaba tse ngata le marena.+

7 Ke tla tshepahalla selekane seo ke se entseng le wena,+ bana* ba hao le meloko yohle ya bona. E tla ba selekane sa ka ho sa feleng sa hore ke tla ba Modimo wa hao le wa bana* ba hao. 8 Ke tla fa wena le bana* ba hao naha eo o neng o dula ho yona o le moditjhaba,+ e leng naha yohle ya Kanana. E tla ba ya lona ka ho sa feleng mme ke tla ba Modimo wa bana* ba hao.”+

9 Modimo a re ho Abrahama: “Wena le bana* ba hao le meloko yohle ya bona le lokela ho tshepahalla selekane sa ka. 10 Sena ke selekane sa ka le lona, seo wena le bana* ba hao le tla se tshepahalla: Le bolotse motho e mong le e mong e motona.+ 11 Le lokela ho bolla. E tla ba letshwao la selekane seo ke se entseng le lona.+ 12 Melokong yohle ya hao, moshanyana e mong le e mong ya nang le matsatsi a robedi a hlahile o lokela ho bolla.+ Le moshanyana e mong le e mong ya hlahetseng ntlong ya hao le eo e seng ngwana* wa hao ha mmoho le monna ya rekilweng ka tjhelete ho moditjhaba o lokela ho bolla. 13 Banna bohle ba hlahetseng ntlong ya hao le banna bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hao ba lokela ho bolla+ mme selekane sa ka sa lebollo* e tla ba sa ka ho sa feleng. 14 Haeba motho le ha e le ofe e motona a sa bolle, a bolawe hobane o tlotse selekane sa ka.”

15 Modimo a re ho Abrahama: “Lebitso la mosadi wa hao ha e sa tla ba Sarai,*+ e tla ba Sara.* 16 Ke tla mo hlohonolofatsa mme ke o fe mora ka yena.+ Ke tla mo hlohonolofatsa mme ho yena ho tla tswa ditjhaba tse ngata. Marena a ditjhaba a tla tswa ho yena.” 17 Abrahama a kgumama mme a tsheha a re ka pelong:+ “Na monna ya dilemo di 100 le Sara mosadi ya dilemo di 90 ba ka ba le ngwana?”+

18 Abrahama a re ho Modimo wa nnete: “E se eka o ka hlohonolofatsa Ishmaele!”+ 19 Modimo a re: “Ka nnete mosadi wa hao Sara o tla ba le mora mme o mo rehe Isaka.*+ Ke tla etsa selekane sa ka ho sa feleng le yena mme se tla sebetsa le ho bana* ba hae.+ 20 Ke utlwile seo o se kopileng ka Ishmaele. Ke tla mo hlohonolofatsa, ke mo atise mme ke etse hore a be le ditloholo tse ngata. E tla ba ntate wa dikgosana tse 12 mme ke tla mo etsa setjhaba se seholo.+ 21 Le ha ho le jwalo, ke tla etsa selekane sa ka le Isaka,+ eo Sara a tla ba le yena selemong se tlang ka nako ena.”+

22 Modimo a tloha ha a qeta ho bua le Abrahama. 23 Letsatsing lona leo Abrahama a bolotsa mora wa hae Ishmaele, banna bohle ba hlahetseng ntlong ya hae le bohle bao a neng a ba rekile ka tjhelete, e leng banna bohle* ba ntlo ya Abrahama. O ile a etsa seo Modimo a mo boleletseng sona.+ 24 Abrahama o ne a le dilemo di 99 ha a bolla.+ 25 Mora wa hae Ishmaele o ne a le dilemo di 13 ha a bolla.+ 26 Letsatsing leo Abrahama a bolla le mora wa hae Ishmaele. 27 A bolla le banna bohle ba ntlo ya hae, e leng bohle ba hlahetseng ntlong ya hae le ba rekilweng ka tjhelete ho baditjhaba.

18 Ha Abrahama a ntse a dutse monyako wa tente, Jehova+ a hlaha ho yena hara difate tse kgolo tsa Mamre.+ E ne e le motshehare mme ho tjhesa haholo. 2 Abrahama a phahamisa hlooho mme a bona banna ba bararo ba eme hole le yena.+ A tloha monyako wa tente, a ba mathela ho ya ba kgahlanyetsa. A fihla a kgumama* ka pela bona. 3 A re: “Jehova, haeba o nkamohela ke kopa o pote ha ka. 4 Ke kopa hore le tlisetswe metsi mme maoto a lona a hlatsuwe+ ebe le phomola tlasa sefate. 5 Ka ha le tlile ho nna, ereng ke tlise bohobe e le hore le fumane matla.* Ka mora moo, le ka tswela pele ka leeto la lona.” Ba re: “Ho lokile, o ka etsa jwalo.”

6 Abrahama a potlakela tenteng ho Sara yaba o re: “Potlaka! Nka dibaskete tse tharo* tsa phofo e sitsweng hantle, o dube hlama mme o etse dilofo tsa bohobe.” 7 Abrahama a mathela mohlapeng mme a kgetha pohwana e ntle. Mohlanka wa hae a potlaka, a e hlaba mme a e pheha. 8 Abrahama a nka botoro le lebese le pohwana e neng e phehilwe mme a beha dijo tseo ka pela bona. A ema pela bona tlasa sefate ha ba ntse ba ja.+

9 Ba re ho yena: “Mosadi wa hao Sara o kae?”+ A re: “O ka mona ka tenteng.” 10 E mong wa bona a re: “Ke tla kgutlela ho wena selemong se tlang ka yona nako ena mme mosadi wa hao Sara o tla be a ena le mora.”+ Sara o ne a mametse a le monyako wa tente e neng e le ka mora monna eo. 11 Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse.+ Sara o ne a fetile dilemo tsa ho ba le bana.*+ 12 Sara a tsheha a le mong a re: “Ha nna le morenaka re se re tsofetse tjee, na ke tla thabela ho ba le ngwana?”+ 13 Jehova a re ho Abrahama: “Ke hobaneng ha Sara a ile a tsheha mme a re, ‘Na ka nnete ke tla ba le ngwana le hoja ke tsofetse?’ 14 Na ho na le ntho e ka hlolang Jehova?+ Ke tla kgutlela ho wena selemong se tlang ka yona nako ena mme Sara o tla be a ena le mora.” 15 Empa ka ha Sara o ne a tshohile a re: “Ha ke a tsheha!” Modimo a re: “O tshehile.”

16 Banna bao ba tsamaya yaba Abrahama o a ba felehetsa mme ha ba le tseleng, ba bona Sodoma.+ 17 Jehova a re: “Na ke patela Abrahama seo ke tlo se etsa?+ 18 Abrahama e tla ba setjhaba se seholo le se matla mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa* ka lebaka la hae.+ 19 Ke kgethile* Abrahama e le hore a ka laela bara ba hae le ditloholo tsa hae* hore ba phele ka tsela e thabisang Jehova, ka hore ba etse dintho tse nepahetseng+ e le hore Jehova a ka phethahatsa seo a se tshepisitseng Abrahama.”

20 Jehova a re: “Ke utlwile ka moo batho ba tletlebang ka teng ka Sodoma le Gomora.+ Ka nnete baahi ba metse eo ba etsa dintho tse mpe haholo.+ 21 Ke tla ya ke yo bona hore na dintho tseo batho ba tletlebang ka tsona ke nnete. Ke tla tseba haeba ha ho jwalo.”+

22 Banna bao ba tsamaya ba ya Sodoma empa Jehova+ a sala le Abrahama. 23 Abrahama a atamela Modimo mme a re: “Na ka nnete o tla fedisa ya lokileng le ya kgopo?+ 24 Haeba motseng oo ho ena le batho ba lokileng ba 50, na o tla o fedisa kapa o tla o tshwarela ka lebaka la batho bao ba 50? 25 Ha ho utlwahale hore o bolaye batho ba lokileng le ba kgopo jwalo ka ha eka ha ho na phapang pakeng tsa bona.+ Ka nnete ha ho utlwahale hore o etse jwalo+ hobane o Moahlodi wa lefatshe lohle ya ahlolang ka toka.”+ 26 Jehova a re: “Haeba nka fumana batho ba 50 ba lokileng motseng wa Sodoma, ke tla tshwarela motse wohle ka lebaka la bona.” 27 Empa Abrahama a re: “Ke kopa hore o ntumelle hore ke nne ke bue le wena Jehova le hoja ke le motho ya tlase* ka pela hao. 28 Haeba o ka fumana batho ba bahlano ba sa lokang hara ba 50 ba lokileng, na o ntse o tla fedisa motse ka lebaka la batho bao ba bahlano?” Modimo a re: “Nke ke ka o fedisa haeba ke fumana batho ba 45 ho wona.”+

29 Empa Abrahama a re ho Modimo: “Haeba ho fumanwa batho ba 40 motseng oo teng?” Modimo a re: “Nke ke ka o fedisa ka lebaka la batho bao ba 40.” 30 Hape a re: “Jehova, ke kopa hore o se ke wa nkgalefela+ empa ere ke tswele pele ho bua: Haeba ho fumanwa batho ba 30 feela motseng oo teng?” Modimo a re: “Nke ke ka o fedisa ka lebaka la batho bao ba 30.” 31 Abrahama a re: “Ke kopa o ntumelle hore ke nne ke bue le wena Jehova: Ha o ka fumana batho ba 20 feela teng?” Modimo a re: “Nke ke ka o fedisa haeba nka fumana batho ba 20 ho wona.” 32 Qetellong a re: “Jehova, ke kopa hore o se ke wa nkgalefela empa ere ke bue ka lekgetlo la ho qetela: Haeba o ka fumana batho ba leshome feela teng?” Modimo a re: “Nke ke ka o fedisa haeba ke fumana batho ba leshome ho wona.” 33 Ha Jehova a qeta ho bua le Abrahama, a tsamaya+ yaba Abrahama o kgutlela ha hae.

19 Mangeloi ao a mabedi a fihla Sodoma mantsiboya. Lota o ne a dutse keiting ya Sodoma mme ha a bona mangeloi ao, a a kgahlanyetsa yaba o a a kgumamela.+ 2 A re ho ona: “Marenaka, ke kopa le tle ha ka le robaletse mme maoto a lona a hlatsuwe ebe hoseng le a tsamaya.” Yaba a re: “Tjhe, re tla robala lebaleng la motse.” 3 Empa a a phehella hoo a ileng a ya le yena ha hae. A a etsetsa mokete mme a baka bohobe bo se nang tomoso yaba a a ja.

4 Le pele mangeloi ao a robala, banna bohle ba motse wa Sodoma ho tloha ho moshanyana ho ya ho monnamoholo ba bokanela ntlo eo. 5 Ba nna ba hweletsa Lota ba re ho yena: “Banna ba tlileng ho wena bosiung boo ba kae? Ba tlise kwano re tlo etsa thobalano le bona.”+

6 Lota a tswa a ya ho bona monyako mme a kwala lemati. 7 A re: “Bana beso ke kopa le se ke la etsa ntho e mpe hakana. 8 Ke na le baradi ba babedi ba eso ka ba robala le monna. Ereng ke le tlisetse bona hore le etse sohle seo le se batlang ka bona. Empa ha e le banna bana le se ke la ba etsa letho hobane ke baeti ntlong ya ka.”*+ 9 Ba re: “Suthela kwana!” Ba boela ba re: “Moditjhaba enwa ya se nang ba habo o tlile ho tla dula mona, jwale ke enwa o sebete sa ho re ahlola. Re tla o etsa ntho e eso bonwe.” Ba bokanela* Lota mme ba mo sutumelletsa monyako hore ba robe lemati. 10 Banna ba ka tlung ba hula Lota yaba ba kwala lemati. 11 Empa ba foufatsa banna ba neng ba le monyako wa ntlo, ho tloha ho e monyenyane ho ya ho e moholo, hoo ba ileng ba kgathala ke ho batla hore na lemati le hokae.

12 Banna bao ba re ho Lota: “Na o na le ba heno moo? Tswa sebakeng sena le bona, ebang ke bakgwenyana ba hao, bara ba hao, baradi ba hao le bohle ba ntlo ya hao. 13 Re tlo fedisa motse ona ka ha Jehova o utlwile sello se entsweng ka wona.+ Ke ka hoo Jehova a re rometseng ho tla o fedisa.” 14 Lota a tswa yaba o bua le bakgwenyana ba hae ba neng ba tlo nyala baradi ba hae mme a nna a re: “Potlakang! Tswang sebakeng sena hobane Jehova o tlo fedisa motse ona.” Empa ha ba a ka ba mo nkela hloohong.+

15 Ha e eba mesong, mangeloi a phehella Lota hore a potlake, a re ho yena: “Potlaka! Tswa le mosadi wa hao le baradi ba hao ba babedi e le hore le se ke la fediswa ha mmoho le motse ona ka lebaka la sebe sa wona.”+ 16 Jehova a mo hauhela+ ha a ntse a dieha mme banna bao ba mo tshwara ka letsoho ha mmoho le mosadi wa hae le baradi ba hae ba babedi, ba ba ntshetsa ka ntle ho motse.+ 17 Ha ba qeta ho ba ntshetsa ka ntle ho motse, e mong wa banna bao a re: “Balehang e le hore le pholohe! Le se ke la hetla+ kapa la ema kae kapa kae seterekeng sena!+ Balehelang dithabeng e le hore le se ke la fediswa!”

18 Lota a re ho bona: “Jehova, ke kopa ho ya sebakeng se seng eseng moo. 19 O nkgauhetse ebile o mpontshitse mosa o moholo* ka ho pholosa bophelo ba ka.+ Empa ha ke kgone ho balehela dithabeng hobane ke tshaba hore ke tla hlahelwa ke tlokotsi ebe ke a shwa.+ 20 Ho na le motse o monyenyane o haufi, oo nka balehelang ho wona. Ke kopa o ntumelle hore ke balehele moo e le hore ke tle ke pholohe. Ke motse o monyenyane.” 21 A re ho yena: “Ho lokile, ke tla o hauhela+ hape ka hore ke se ke ka fedisa motse oo o buang ka wona.+ 22 Potlaka! Balehela teng hobane nke ke ka etsa letho ho fihlela o fihla teng.”+ Ke ka lebaka leo motse oo o ileng wa rehwa Zoware.*+

23 Letsatsi le ne le se le tjhabile ha Lota a fihla Zoware. 24 Yaba Jehova o nesa mollo le sebabole Sodoma le Gomora. Di ne di tswa ho Jehova mahodimong.+ 25 A fedisa metse ena le setereke sohle, ho akarelletsa le baahi bohle ba metse ena le dimela tsa naha.+ 26 Empa mosadi wa Lota o ne a ntse a tla ka mora Lota yaba o a hetla mme a fetoha seemahale sa letswai.+

27 Abrahama a tsoha hoseng haholo a ya sebakeng seo a neng a eme ho sona ka pela Jehova.+ 28 Ha a sheba tlase motseng wa Sodoma le wa Gomora le seterekeng sohle, a bona ntho e makatsang. Ho ne ho nyoloha mosi o motsho naheng eo, o jwalo ka mosi wa sebopi.+ 29 Modimo a hopola seo a neng a se boleletse Abrahama. Ka hoo, ha Modimo a fedisa metse ya setereke seo, a ntsha Lota metseng eo. Ke metse eo Lota a neng a dula ho yona.+

30 Ha morao Lota a tloha Zoware le baradi ba hae ba babedi mme a ya dula dithabeng+ hobane o ne a tshaba ho dula Zoware.+ A dula ka lehaheng le baradi ba hae ba babedi. 31 Moradi wa hae e moholo a re ho e monyenyane: “Ntate o tsofetse mme naheng ena ha ho na monna ya tla robala le rona ho ya ka moo ho tlwaelehileng ka teng lefatsheng lohle. 32 A re fe Ntate veine hore a nwe mme re robale le yena e le hore re be le bana ka yena.”

33 Bosiung bona boo ba nna ba fa ntate wa bona veine hore a nwe. Moradi e moholo a robala le ntate wa hae empa Lota ha a ka a utlwa ha moradi wa hae a robala le yena le ha a tsoha. 34 Letsatsing le hlahlamang moradi e moholo a re ho e monyenyane: “Ke robetse le Ntate maobane bosiu. A re mo fe veine hore a nwe le bosiung bona. O robale le yena e le hore re be le bana ka yena.” 35 Le bosiung boo ba nna ba fa ntate wa bona veine hore a nwe. E monyenyane a robala le yena empa Lota ha a ka a utlwa ha e monyenyane a robala le yena le ha a tsoha. 36 Baradi ba Lota ka bobedi ba imiswa ke ntate wa bona. 37 Moradi e moholo a ba le mora yaba o mo reha Moabe.+ Ke yena ntate wa bao kajeno ba tsejwang e le Bamoabe.+ 38 Moradi e monyenyane le yena a ba le mora mme a mo reha Ben-ami. Ke yena ntate wa bao kajeno ba tsejwang e le Baamone.+

20 Abrahama a tlosa ditente tsa hae moo,+ a di isa naheng ya Negebe yaba o dula pakeng tsa Kadeshe+ le Shure.+ Ha a ntse a dula* Gerare,+ 2 o ne a tlwaetse ho re ka mosadi wa hae Sara: “Ke kgaitsedi ya ka.”+ Abimeleke morena wa Gerare a roma bahlanka ba hae hore ba late Sara.+ 3 Bosiu Modimo a tla ho Abimeleke torong yaba o re ho yena: “O tlo shwa hobane o nkile Sara+ ka ha o nyetswe.”+ 4 Empa Abimeleke o ne a eso mo etse letho.* Ka hoo a re: “Jehova, na o tla bolaya setjhaba se se nang molato?* 5 Abrahama o itse Sara ke kgaitsedi ya hae, le yena Sara o itse Abrahama ke abuti wa hae. Ha ke na molato. Ke ne ke sa tsebe hore ke etsa phoso.” 6 Modimo wa nnete a re ho yena torong: “Ke bone hore o ne o sa tsebe hore o etsa phoso yaba ke a o thiba hore o se ke wa etsa sebe. Ke ka hoo ke sa o dumellang hore o mo thetse. 7 Kgutlisa mosadi wa monna eo hobane monna eo ke moprofeta,+ o tla o etsetsa thapedi+ mme o tla nne o phele. Empa haeba o sa mo kgutlise, wena le batho bohle ba hao le tla shwa.”

8 Abimeleke a tsoha hoseng haholo yaba o bitsa bahlanka bohle ba hae, a ba bolella dintho tsena tsohle mme ba tshoha haholo. 9 Abimeleke a bitsa Abrahama yaba o re ho yena: “Ke hobaneng ha o re entse tjee? Ke o entseng hoo o ka tlisetsang nna le mmuso wa ka sebe se seholo hakaale? Ntho eo o nkentseng yona ha e a loka.” 10 A boela a re ho Abrahama: “Ke hobaneng ha o ne o etsa tjee?”+ 11 Abrahama a re: “Ke entse jwalo hobane ke ne ke nahana hore batho ba mona ha ba tshabe Modimo mme ba tla mpolaya ka lebaka la mosadi wa ka.+ 12 Ntle ho moo, ka nnete ke kgaitsedi ya ka. Ke moradi wa ntate wa ka empa eseng wa mme wa ka. Ke ile ka mo nyala.+ 13 Ha Modimo a re ke tlohe ntlong ya Ntate+ mme ke be moleleri, ke ile ka re ho Sara: ‘O etse tjena ho bontsha hore o a nthata:* Ha o bua ka nna hohle moo re yang teng, o re: “Ke abuti wa ka.”’”+

14 Ka mora moo, Abimeleke a fa Abrahama dinku le dikgomo, a mo fa le basebeletsi ba banna le ba basadi mme a kgutlisetsa Sara ho Abrahama. 15 Abimeleke a re: “Ke o fa naha ya ka. Dula hohle moo o batlang.” 16 A re ho Sara: “Ke fa abuti wa hao+ ditjhelete tsa silevera tse 1 000. Ke pontsho ya hore ha o na molato ka pela batho bohle ba nang le wena le batho ba bang kaofela mme ba tla o hlompha.” 17 Abrahama a etsa thapedi ho Modimo wa nnete mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae le basebeletsi ba hae ba basadi yaba ba qala ho ba le bana. 18 Jehova o ne a entse hore basadi bohle ba ntlo ya Abimeleke ba se ke ba eba le bana* ka lebaka la Sara, mosadi wa Abrahama.+

21 Jehova a kgutlela ho Sara feela jwalo ka ha a ne a boletse mme Jehova a etsetsa Sara seo a neng a mo tshepisitse sona.+ 2 Sara a ima+ mme a tswalla Abrahama mora botsofading ba hae ka nako eo Modimo a neng a itse o tla ba le mora ka yona.+ 3 Abrahama a reha mora wa hae ya tswetsweng ke Sara lebitso la Isaka.+ 4 Ha Isaka a ena le matsatsi a robedi a hlahile, Abrahama a mo bolotsa feela jwalo ka ha Modimo a ne a mo laetse.+ 5 Abrahama o ne a le dilemo di 100 ha Isaka a hlaha. 6 Sara a re: “Modimo o entse hore ke thabe, bohle ba utlwang ka taba ena ba tla thaba* le nna.” 7 A boela a re: “Ke mang ya neng a ka nahana hore nna Sara ke tla tswalla Abrahama mora? Empa ke nna enwa ke mo tswaletse mora botsofading ba hae.”

8 Isaka a hola mme a kgweswa* yaba Abrahama o etsa mokete o moholo letsatsing leo Isaka a kgwesitsweng ka lona. 9 Empa Sara a hlokomela hore mora eo Hagare+ wa Moegepeta a mo tswaletseng Abrahama, o ne a soma Isaka.+ 10 A re ho Abrahama: “Leleka mosadi enwa wa mosebeletsi le mora wa hae hobane mora wa hae a ke ke a ja lefa le mora wa ka Isaka.”+ 11 Abrahama a utlwiswa bohloko ke ntho eo Sara a e buileng ka mora wa hae.+ 12 Modimo a re ho Abrahama: “O se ke wa utlwiswa bohloko ke ntho eo Sara a e buileng ka moshanyana le ka mosebeletsi wa hao. Mo mamele* hobane o tla ba le ditloholo* ka Isaka.+ 13 Ke tla etsa hore ho tswe setjhaba+ ho mora wa mosebeletsi wa hao+ hobane le yena ke ngwana* wa hao.”

14 Abrahama a tsoha hoseng haholo mme a nka bohobe le lekuka* le tshetseng metsi, a di beha lehetleng la Hagare yaba o re a tsamaye le mora wa hae.+ Hagare a tsamaya mme a lelera lefeelleng la Beersheba.+ 15 Metsi a ka lekukeng a fela yaba o sutumelletsa moshanyana tlasa dihlahla. 16 A tloha mme a dula a le mong hoo e ka bang bohole ba moo motsu wa seqha o ka fihlang teng, a re: “Ha ke batle ho bona ha moshanyana wa ka a shwa.” A dula holenyana yaba o lla ha bohloko.

17 Modimo a utlwa lentswe la moshanyana+ mme lengeloi la Modimo la bitsa Hagare le le mahodimong la re ho yena:+ “Molato keng Hagare? O se ke wa tshoha hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana wa hao moo a leng teng. 18 Ema, phahamisa moshanyana mme o mo tshware ka letsoho hobane ke tla mo etsa setjhaba se seholo.”+ 19 Modimo a etsa hore Hagare a bone sediba sa metsi. Hagare a ya ho sona mme a tlatsa metsi ka lekukeng yaba o fa moshanyana wa hae hore a nwe. 20 Modimo o ne a sireletsa moshanyana+ eo ha a ntse a hola. O ile a dula lefeelleng mme ya eba setsomi se sebedisang seqha. 21 O ile a dula lefeelleng la Parane.+ Mme wa hae o ile a mo fumanela mosadi wa Moegepeta.

22 Ka nako eo, Abimeleke a bua le Abrahama a ena le Fikole molaodi wa masole a hae a re: “Modimo o na le wena dinthong tsohle tseo o di etsang.+ 23 Ntlhapanyetse ka Modimo hore o ke ke wa etsetsa nna, bana le ditloholo tsa ka bolotsana le hore o tla ba mosa* ho nna le ho baahi ba naha ena eo esale o dula ho yona jwalo ka ha ke ile ka ba mosa ho wena.”+ 24 Abrahama a re: “Ke a hlapanya.”

25 Le ha ho le jwalo, Abrahama a tletleba ho Abimeleke ka sediba sa metsi seo bahlanka ba Abimeleke ba neng ba se nkile ka manganga.+ 26 Abimeleke a re: “Ha ke tsebe hore na ke mang ya entseng ntho ena. Ha o a mpolella ka yona mme ke hona ke utlwang kajeno.” 27 Yaba Abrahama o nka dinku le dikgomo o di fa Abimeleke mme ka bobedi ba etsa selekane. 28 Ha Abrahama a arola dikonyana tse tshehadi tse supileng ho diphoofolo tse ding, 29 Abimeleke a re ho Abrahama: “Ke hobaneng ha o beheletse dikonyana tsee tse tshehadi tse supileng ka thoko?” 30 Abrahama a re: “Ke dikonyana tseo ke o fang tsona e le bopaki ba hore ke tjhekile sediba sena.” 31 Ke ka lebaka leo a ileng a reha sebaka seo Beersheba*+ hobane ka bobedi ba entse kano ho sona. 32 Ba etsa selekane+ Beersheba mme ka mora moo Abimeleke le Fikole molaodi wa masole a hae ba kgutlela naheng ya Bafilista.+ 33 Abrahama a lema sefate sa tamariske Beersheba mme a bitsa lebitso la Jehova,+ Modimo ya tla dula a le teng ho ya ho ile.+ 34 Abrahama a dula* naheng ya Bafilista nako e telele.*+

22 Modimo wa nnete a leka Abrahama+ mme a re ho yena: “Abrahama!” Abrahama a re: “Ke nna enwa!” 2 Modimo a re: “Ke kopa o ye naheng ya Moria+ le mora wa hao ya mong eo o mo ratang haholo+ Isaka+ mme o etse sehlabelo sa setjheso ka yena moo, hodima e nngwe ya dithaba tseo ke tla o bontsha tsona.”

3 Abrahama a tsoha hoseng haholo, a qhaneha tonki ya hae yaba o tsamaya le bahlanka ba hae ba babedi le mora wa hae Isaka. A kapa patsi bakeng sa sehlabelo sa setjheso mme a ya sebakeng seo Modimo wa nnete a mo bontshitseng sona. 4 Ka letsatsi la boraro, Abrahama a bonela sebaka seo holenyana. 5 A re ho bahlanka ba hae: “Salang mona le tonki empa nna le mora wa ka re tla ya mane ho ya rapela mme re tla kgutlela ho lona.”

6 Abrahama a jarisa mora wa hae Isaka patsi ya sehlabelo sa setjheso. A nka mollo le thipa* mme ba tsamaya ba le babedi. 7 Isaka a re ho ntate wa hae: “Ntate!” Yaba Abrahama o re: “Ke mametse mora wa ka.” Isaka a re: “Mollo le patsi ke tsena empa nku ya sehlabelo sa setjheso e hokae?” 8 Abrahama a re: “Mora wa ka, Modimo ke yena ya tla fana ka nku ya sehlabelo sa setjheso.”+ Yaba ba tswela pele ka leeto la bona.

9 Ba fihla sebakeng seo Modimo wa nnete a mo bontshitseng sona yaba Abrahama o haha aletare moo mme o beha patsi hodima yona. A tlama mora wa hae Isaka maoto le matsoho mme a mo beha aletareng hodima patsi.+ 10 Abrahama a nka thipa* e le hore a bolaye mora wa hae.+ 11 Empa lengeloi la Jehova la mo bitsa le le mahodimong la re: “Abrahama, Abrahama!” A araba a re: “Ke nna enwa!” 12 Lengeloi la re: “O se ke wa bolaya moshanyana eo mme o se ke wa mo etsa letho ka ha jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo hobane ha o a nkganela ka mora wa hao ya mong feela.”+ 13 Ha Abrahama a sheba pelenyana mane, a bona ramo e tshwasehileng ka dinaka dihlahleng. Abrahama a ya mme a nka ramo a etsa sehlabelo sa setjheso ka yona, eseng ka mora wa hae. 14 Abrahama a reha sebaka seo Jehova-jire.* Ke ka lebaka leo le kajeno ho ntseng ho thwe: “Jehova o tla fana ka dintho tse hlokahalang thabeng ya hae.”+

15 Lengeloi la Jehova la bitsa Abrahama ka lekgetlo la bobedi le le mahodimong, 16 la re: “Jehova o re, ‘Ke hlapanya ka nna+ hore ka lebaka la seo o se entseng le hore ha o a ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela,+ 17 ke tla o hlohonolofatsa mme ke etse hore bana* ba hao ba be bangata jwalo ka dinaledi tsa mahodimo le jwalo ka lehlabathe le lebopong la lewatle+ mme ngwana* wa hao o tla nka metse* ya dira tsa hae.+ 18 Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa* ka lebaka la ngwana* wa hao+ hobane o mametse lentswe la ka.’”+

19 Ka mora moo, Abrahama a kgutlela ho bahlanka ba hae yaba ba kgutlela Beersheba+ ha mmoho mme Abrahama a tswela pele ho dula teng.

20 Abrahama a fumana tlaleho e reng: “Milka o tswalletse ngwaneno Nakore+ bara: 21 Letsibolo ke Utse, wa bobedi ke Buze mme ba latelang ke Kemuele (ntate wa Arame), 22 Kesede, Hazo, Pildashe, Jidlafe le Bethuele.”+ 23 Bethuele a ba le moradi ya bitswang Rebeka.+ Milka a tswalla Nakore ngwanabo Abrahama bara bao ba robedi. 24 Reuma, e leng serethe* sa hae a ba le bara e leng Teba, Gahame, Tahashe le Maaka.

23 Sara o ne a le dilemo di 127 ha a shwa.+ 2 Sara a shwella Kiriathe-arba+ e boetseng e tsejwa e le Hebrone,+ naheng ya Kanana.+ Abrahama a utlwa bohloko haholo a ba a mo llela. 3 Abrahama a tloha ka pela mofu wa hae yaba o bua le bara ba Hethe+ o re: 4 “Ke moditjhaba mme ke dula le lona.+ Mpheng sebaka sa lepato dibakeng tsa lona e le hore ke pate mofu wa ka.” 5 Bara ba Hethe ba re ho Abrahama: 6 “Re mamele morenaka. Re a hlokomela hore o kgosana* e kgethilweng ke Modimo.+ O ka pata mofu wa hao dibakeng tsa rona tsa lepato. Ha re na o hanela ho pata mofu wa hao ho tsona.”

7 Abrahama a ema yaba o inama ka pela baahi ba naha eo e leng bara ba Hethe+ 8 mme a re ho bona: “Haeba le ntumella hore ke pate mofu wa ka, mmameleng mme le kope Efrone mora wa Zohare 9 hore a nthekisetse lehaha le qetellong ya tshimo ya hae e Makpela. Le be teng ha a nthekisetsa lona e le hore nka ba le sebaka sa lepato.+ Ke tla lefa silevera+ yohle e hlokahalang ho le reka.”

10 Efrone wa Mohethe o ne a dutse le bara ba Hethe. Yaba o araba Abrahama moo bara ba Hethe ba ntseng ba utlwa le ka pela batho bohle ba kenang keiting ya motse,+ o re: 11 “Tjhe, morenaka! Mmamele. Ke o fa tshimo le lehaha le ho yona ka pela bara ba setjhaba sa heso. Pata mofu wa hao moo.” 12 Abrahama a inama ka pela batho ba naha eo 13 mme a bua le Efrone moo batho ba ntseng ba utlwa, a re: “Ke kopa o mmamele. Ke tla o fa silevera e feletseng bakeng sa tshimo. Nka silevera ena e le hore nka pata mofu wa ka moo.”

14 Efrone a araba Abrahama a re: 15 “Mmamele morenaka. Tshimo ena ke dikotwana* tse 400 tsa silevera empa eo ha se yona ntho ya bohlokwa. Pata mofu wa hao.” 16 Abrahama a mamela Efrone yaba o bekgela Efrone silevera eo a buileng ka yona ka pela bara ba Hethe, e leng dikotwana* tsa silevera tse 400 ho ya ka tekanyo e amohelwang ke borakgwebo.+ 17 Tshimo ya Efrone e Makpela, e neng e le ka pela Mamre le lehaha le ho yona le difate tsohle tse neng di le ka hara meedi ya tshimo, tsa fuwa 18 Abrahama e le dintho tseo a di rekileng ka pela bara ba Hethe le ka pela bohle ba kenang keiting ya motse. 19 Ka mora moo, Abrahama a pata mosadi wa hae Sara lehaheng la tshimo e Makpela ka pela Mamre e Hebrone, naheng ya Kanana. 20 Bara ba Hethe ba fa Abrahama tshimo le lehaha hore e be sebaka sa lepato.+

24 Abrahama o ne a se a tsofetse mme Jehova o ne a mo hlohonolofaditse dinthong tsohle.+ 2 Abrahama a re ho mohlanka wa hae e moholo lelapeng la hae, ya neng a okametse dintho tsohle tseo a nang le tsona:+ “Ke kopa o behe letsoho la hao tlasa serope sa ka* 3 mme ke tla etsa hore o hlapanye ka Jehova, Modimo wa mahodimo le Modimo wa lefatshe hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke dulang hara bona.+ 4 Empa o ye naheng ya heso le ho ba leloko la ka+ mme o nkele mora wa ka Isaka mosadi teng.”

5 Le ha ho le jwalo, mohlanka wa hae a re ho yena: “Ke etseng haeba mosadi eo a sa batle ho tla le nna naheng ee? Ke kgutlisetse mora wa hao naheng eo o tswang ho yona?”+ 6 Yaba Abrahama o re ho yena: “O se ke wa isa mora wa ka moo.+ 7 Jehova Modimo wa mahodimo, ya ntlositseng ntlong ya Ntate le naheng ya heso,+ le ya buileng le nna mme a ntlhapanyetsa+ a re: ‘Ke tla fa bana* ba hao+ naha ena,’+ o tla romela lengeloi la hae hore le o etelle pele+ mme o tla nkela mora wa ka mosadi moo.+ 8 Haeba mosadi eo a sa batle ho tla le wena, o tla be o lokolohile kanong ena. Empa o se ke wa isa mora wa ka moo.” 9 Mohlanka eo a beha letsoho tlasa serope sa monga hae Abrahama mme a mo hlapanyetsa.+

10 Mohlanka eo a nka dikamele tse leshome tsa monga hae yaba o tsamaya a nkile dintho tsa mefuta yohle tse ntle tse tswang ho monga hae. A ya motseng wa Nakore o Mesopotamia. 11 A etsa hore dikamele di bothe sedibeng sa metsi se ka ntle ho motse. E ne e ka ba mantsiboya, nakong eo basadi ba neng ba tswa ho ya kga metsi. 12 A re: “Jehova Modimo wa mongaka Abrahama, ke kopa o nkatlehise letsatsing lena mme o bontshe mongaka Abrahama lerato.* 13 Ke eme sedibeng sa metsi mme baradi ba motse ona ba ntse ba tla ho tla kga metsi. 14 E se eka morwetsana eo etlare ha ke re ho yena, ‘Ke kopa o theole nkgo ya hao e le hore ke nwe’ ebe o re, ‘Nwa ebile ke tla kgella le dikamele tsa hao metsi,’ eo e ke e be yena eo o tla mo kgethela mohlanka wa hao Isaka mme ke tla tseba ka sena hore o bontshitse mongaka lerato.”

15 Le pele a qeta ho bua, Rebeka moradi wa Bethuele,+ mora wa Milka+ le Nakore+ ngwanabo Abrahama, a fihla a behile nkgo ya hae lehetleng. 16 Morwetsana enwa o ne a le motle haholo mme ho ne ho se monna ya kileng a robala le yena. A theohela sedibeng, a tlatsa nkgo ya hae yaba o a nyoloha. 17 Hanghang mohlanka wa Abrahama a matha ho ya mo kgahlanyetsa mme a re: “Ke kopa o mphe metsinyana ka nkgong ya hao.” 18 A re: “Nwa morenaka.” Ka potlako a theola nkgo ya hae, a e tshwara ka letsoho mme a mo fa metsi. 19 Ha a qeta ho mo fa metsi a re: “Ke tla kgella le dikamele tsa hao metsi ho fihlela di kgotsofala.” 20 Ka potlako a tshela metsi a neng a le ka nkgong ya hae ka senwelong yaba o matha ka makgetlo a mangata ho ya kga metsi a mang, a ntse a kgella dikamele tsohle tsa hae. 21 Monna enwa o ne a ntse a thotse nakong ena kaofela, a mo shebile ka ho makala, a ipotsa hore na ebe Jehova o atlehisitse leeto la hae kapa tjhe.

22 Ha dikamele di qetile ho nwa, monna enwa a mo fa lesale la nko la kgauta le boima ba dikramo tse ka bang tse tsheletseng* le difaha tsa kgauta tse pedi tse rwalwang matsohong, boima ba tsona e le dikramo tse 114* 23 yaba o re: “Ke kopa o mpolelle hore na o moradi wa mang. Na ho na le sebaka ka tlung ya ntate wa hao e le hore re robaletse teng?” 24 A re ho yena: “Ke moradi wa Bethuele.+ Ntate wa ka ke mora wa Milka le Nakore.”+ 25 A boela a re: “Re na le jwang le furu e ngata le sebaka seo le ka robalang ho sona.” 26 Monna eo a kgumama* ka pela Jehova 27 mme a re: “Ho ke ho roriswe Jehova, Modimo wa mongaka Abrahama hobane ha a eso tlohele ho bontsha mongaka lerato le ho mo tshepahalla. Jehova o ntlisitse ntlong ya bana ba bo mongaka.”

28 Morwetsana a matha ho ya bolella mme wa hae le ba bang dintho tsena. 29 Rebeka o ne a ena le abuti eo lebitso la hae e leng Labane.+ Labane a mathela ho monna ya neng a le ka ntle sedibeng. 30 Ha a bona lesale la nko le difaha tse matsohong a kgaitsedi ya hae mme a utlwa mantswe a kgaitsedi ya hae Rebeka a reng, “Monna eo o buile le nna ka tsela ena,” a ya ho monna eo mme a mo fumana a ntse a eme pela dikamele sedibeng. 31 Hanghang a re: “Jehova o o hlohonolofaditse, tsamaya le nna ho ya lapeng. Ha se ntho e ntle hore ebe o eme ka ntle. Ke lokisitse ntlo le moo dikamele di tla dula teng.” 32 Yaba monna eo o kena ka tlung mme o* qhanolla dikamele le ho di fa jwang le furu. A mo fa le metsi bakeng sa ho hlatswa maoto a hae le maoto a banna bao a nang le bona. 33 Le ha ho le jwalo, ha ho behwa dijo ka pela hae a re: “Nke ke ka ja ho fihlela ke o bolelletse lebaka le ntlisitseng mona.” Labane a re: “O ka bua.”

34 Yaba o re: “Ke nna mohlanka wa Abrahama.+ 35 Jehova o hlohonolofaditse mongaka haholo mme o entse hore a rue haholo ka ho mo fa dinku le dikgomo, silevera le kgauta, basebeletsi ba banna le ba basadi, dikamele le ditonki.+ 36 Ho ekelletsa moo, Sara mosadi wa mongaka o ne a se a tsofetse ha a tswalla mongaka mora+ mme mongaka o tla fa mora wa hae dintho tsohle tseo a nang le tsona.+ 37 Mongaka o ile a re ke hlapanye, a re: ‘O se ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke dulang naheng ya bona.+ 38 Empa o ye ntlong ya Ntate le ho ba lelapa leso+ mme o nkele mora wa ka mosadi moo.’+ 39 Ka re ho mongaka: ‘Ke etseng haeba mosadi eo a sa batle ho tla le nna?’+ 40 A re ho nna: ‘Jehova eo ke mo sebeleditseng,+ o tla romela lengeloi la hae+ hore le be le wena mme o tla atlehisa leeto la hao. O nkele mora wa ka mosadi ho ba lelapa leso le ntlong ya Ntate.+ 41 Haeba o ya lelapeng leso mme ba sa o fe yena, o tla lokollwa kanong ya hao+ eo o e entseng ho nna.’

42 Ha ke fihla sedibeng kajeno, ke ile ka re: ‘Jehova Modimo wa mongaka Abrahama, haeba o ka atlehisa leeto la ka ho ke ho etsahale dintho tse latelang 43 ke eme sedibeng. Ha morwetsana+ a tlo kga metsi, ke tla re: “Ke kopa o mphe metsi a ka nkgong ya hao” 44 mme o tla re ho nna, “Nwa, ebile ke tla kgella le dikamele tsa hao metsi.” Mosadi eo e ke e be yena eo Jehova a mo kgethetseng mora wa mongaka.’+

45 Le pele ke qeta ho bua ka pelong, Rebeka a hlaha a behile nkgo ya hae lehetleng mme a theohela sedibeng yaba o kga metsi. Yaba ke re: ‘Ke kopa o mphe metsi.’+ 46 Ka potlako a theola nkgo ya hae lehetleng yaba o re: ‘Nwa+ mme ke tla kgella le dikamele tsa hao metsi.’ Ka nwa yaba o kgella le dikamele metsi. 47 Ka mora moo, ka mo botsa ka re, ‘O moradi wa mang?’ A re, ‘Ke moradi wa Bethuele. Ntate wa ka ke mora wa Milka le Nakore.’ Ka mo kenya lesale nkong mme ka mo rwesa le difaha tse rwalwang matsohong.+ 48 Ka kgumama ka pela Jehova mme ka rorisa Jehova Modimo wa mongaka Abrahama,+ ya ntsamaisitseng tseleng e nepahetseng hore ke nkele mora wa mongaka mosadi baneng ba ngwanabo. 49 Jwale mpolelleng haeba le batla ho bontsha mongaka lerato le ho mo tshepahalla empa haeba ho se jwalo, mpolelleng e le hore ke tsebe seo ke lokelang ho se etsa.”*+

50 Labane le Bethuele ba re: “Taba ena e tswa ho Jehova. Ha re kgone ho hana kapa ho dumela.* 51 Rebeka ke enwa ka pela hao. Tsamaya le yena mme e be mosadi wa mora wa monga hao feela jwalo ka ha Jehova a buile.” 52 Ha mohlanka wa Abrahama a utlwa mantswe a bona, a kgumama ka pela Jehova. 53 Mohlanka eo a fa Rebeka dintho tsa silevera, tsa kgauta le diaparo. A fa le abuti wa hae le mme wa hae dimpho tse turang. 54 Ka mora moo, yena le banna bao a nang le bona ba ja mme ba nwa yaba ba robaletsa moo.

Ha a tsoha hoseng, a re: “Ereng ke ye ho mongaka.” 55 Yaba abuti wa Rebeka le mme wa hae ba re: “Ere morwetsana a dule le rona bonyane matsatsi a leshome. Ka mora moo a ka tsamaya.” 56 Empa a re ho bona: “Le se ke la nthibela ho tsamaya ka ha Jehova o atlehisitse leeto la ka. Ereng ke tsamaye e le hore ke ye ho mongaka.” 57 Ba re: “A re bitseng morwetsana mme re utlwe hore na yena o reng.” 58 Ba bitsa Rebeka ba re ho yena: “Na o tla tsamaya le monna eo?” A re: “Ke tla tsamaya le yena.”

59 Ba lokolla kgaitsedi ya bona Rebeka+ hore a tsamaye le mosadi ya mo hlokomelang*+ le mohlanka wa Abrahama le banna ba hae. 60 Ba hlohonolofatsa Rebeka mme ba re ho yena: “Kgaitsedi ya rona, e se eka o ka ba mme wa ba dikete tse mashome a dikete* mme bana* ba hao ba nke metse* ya dira tsa bona.”+ 61 Rebeka le basebeletsi ba hae ba basadi ba palama dikamele yaba ba latela monna eo. Mohlanka wa Abrahama a tsamaya le Rebeka.

62 Isaka o ne a tla ka tsela e hlahang Beere-lahai-roi+ ka ha o ne a dula naheng ya Negebe.+ 63 Isaka o ne a ntse a itsamaela tshimong mantsiboya e le hore a nahanisise.+ Ha a phahamisa mahlo, a bona dikamele di tla. 64 Ha Rebeka a bona Isaka, a theoha kamele ka potlako. 65 A re ho mohlanka eo: “Monna elwa ya tsamayang tshimong ho tla re kgahlanyetsa ke mang?” Mohlanka eo a re: “Ke mongaka.” Yaba o nka lesira le rwalwang hloohong mme o a ikgurumetsa. 66 Mohlanka eo a bolella Isaka dintho tsohle tseo a di entseng. 67 Ka mora moo, Isaka a tlisa Rebeka ka tenteng ya mme wa hae Sara.+ Yaba o nka Rebeka hore e be mosadi wa hae, a mo rata+ mme Isaka a fumana matshediso ka mora ho shwelwa ke mme wa hae.+

25 Abrahama a nyala hape mme lebitso la mosadi wa hae e ne e le Ketura. 2 Ha nako e ntse e ya ba eba le bana e leng Zimrane, Jokshane, Medane, Midiane,+ Ishbake le Shua.+

3 Jokshane a ba le bara ba bitswang Sheba le Dedane.

Bara ba Dedane e ne e le Ashurime, Letushime le Leumime.

4 Bara ba Midiane e ne e le Efa, Efere, Hanoke, Abida le Elda.

Bara bana bohle e ne e le ba Ketura.

5 Ha morao Abrahama a fa Isaka dintho tsohle tseo a nang le tsona+ 6 empa Abrahama a fa bara ba hae ba tswetsweng ke direthe* tsa hae dimpho. Jwale ha a sa ntse a phela a re ba ye ka botjhabela, hole le mora wa hae Isaka,+ naheng ya Botjhabela. 7 Abrahama o phetse dilemo tse 175. 8 Abrahama a shwa a tsofetse haholo mme a kgotsofetse yaba o patwa jwalo ka batho ba habo.* 9 Bara ba hae, e leng Isaka le Ishmaele ba mo pata lehaheng le Makpela, tshimong ya Efrone mora wa Zohare wa Mohethe e ka pela Mamre,+ 10 e leng tshimo eo Abrahama a ileng a e reka ho bara ba Hethe. Abrahama a patelwa moo le mosadi wa hae Sara.+ 11 Ka mora lefu la Abrahama, Modimo a nna a hlohonolofatsa mora wa hae Isaka.+ Isaka o ne a dula haufi le Beere-lahai-roi.+

12 Ena ke histori ya Ishmaele+ mora wa Abrahama le Hagare+ wa Moegepeta, e leng mosebeletsi wa Sara.

13 Ana ke mabitso a bara ba Ishmaele ho ya ka malapa a bona: Nebajothe+ letsibolo la Ishmaele, Kedare,+ Adbele, Mibsame,+ 14 Mishma, Duma, Masa, 15 Hadade, Tema, Jeture, Nafishe le Kedema. 16 Bana ke bara ba Ishmaele mme ana ke mabitso a bona ho ya ka metse le diahelo* tsa bona. Ke dikgosana tse 12 ho ya ka maloko a tsona.+ 17 Ishmaele o phetse dilemo tse 137 yaba o a shwa mme o patwa jwalo ka batho ba habo.* 18 Bana ba hae ba dula Havila+ haufi le Shure+ e pela Egepeta le ho ya fihla Asiria. O ile a dula haufi le bana babo kaofela.*+

19 Ena ke histori ya Isaka mora wa Abrahama.+

Abrahama a ba le mora ya bitswang Isaka. 20 Isaka o ne a le dilemo di 40 ha a nyala Rebeka moradi wa Bethuele,+ Moarame wa Padane-arame, kgaitsedi ya Labane. 21 Isaka a nna a rapella mosadi wa hae ka tiyo ho Jehova hobane mosadi wa hae o ne a sa kgone ho ba le bana. Jehova a araba kopo ya hae mme mosadi wa hae Rebeka a ima. 22 Yaba bara ba qala ho lwantshana ka hare ho yena,+ hoo a ileng a re: “Haeba ke tlo sotleha hakana, ho thusang hore ke nne ke phele?” Yaba o botsa Jehova. 23 Jehova a re ho yena: “Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao+ mme ditjhaba tse pedi tse ka hare ho wena di tla arolwa,+ setjhaba se seng se tla ba matla ho feta se seng+ mme e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.”+

24 Ha nako ya hore a belehe e fihla, ho ne ho ena le mafahla ka popelong ya hae. 25 Lefahla la pele la hlaha le le lefubedu hohle, le le jwalo ka seaparo sa boya,+ ka hoo ba le reha Esau.*+ 26 Ka mora moo, lefahla le leng la hlaha mme letsoho la lona le ne le tshwere serethe sa Esau,+ jwale a le reha Jakobo.*+ Isaka o ne a le dilemo di 60 ha Rebeka a ba le mafahla.

27 Ha bashanyana ba ntse ba hola, Esau ya eba monna ya tsebang ho tsoma,+ monna wa naheng empa Jakobo yena e ne e le monna ya se nang molato, ya dulang ditenteng.+ 28 Isaka o ne a rata Esau hobane o ne a rata nama ya diphoofolo tseo Esau a neng a di tsoma athe Rebeka yena o ne a rata Jakobo.+ 29 Ka letsatsi le leng Jakobo o ne a phehile sopho ya lensisi ha Esau a fihla a tswa naheng mme a kgathetse haholo. 30 Esau a re ho Jakobo: “Ke kopa o potlake o ntshelle sopho eo e kgubedu* hobane ke kgathetse haholo.”* Ke ka lebaka leo lebitso la hae e neng e le Edomo.*+ 31 Jakobo a re: “Pele ho tsohle, nthekisetse tokelo ya hao ya ho ba letsibolo.”+ 32 Esau a re: “Ke a shwa ke tlala, tokelo ya ho ba letsibolo e tla nthusa kang?” 33 Jakobo a re ho yena: “Ntlhapanyetse pele!” A mo hlapanyetsa mme a rekisetsa Jakobo tokelo ya hae ya ho ba letsibolo.+ 34 Jakobo a fa Esau bohobe le sopho ya lensisi, a ja a ba a nwa, ka mora moo a tsamaya. Ka tsela eo, Esau o ile a nka tokelo ya hae ya ho ba letsibolo e se ya bohlokwa.

26 Ho ne ho ena le tlala naheng, ntle le e ileng ya eba teng mehleng ya Abrahama,+ hoo Isaka a ileng a ya Gerare ho Abimeleke morena wa Bafilista. 2 Jehova a hlaha ho yena a re: “O se ke wa theohela Egepeta. Dula naheng eo ke o bontshang yona. 3 Dula naheng ena o le moditjhaba,+ ke tla ba le wena mme ke o hlohonolofatse. Ke tla fa wena le bana* ba hao dinaha tsena kaofela+ mme ke phethahatse kano eo ke e entseng ho ntate wa hao Abrahama+ ha ke ne ke re: 4 ‘Ke tla etsa hore bana* ba hao ba be bangata jwalo ka dinaledi tsa mahodimo+ mme ke tla ba fa dinaha tsena tsohle.+ Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa* ka lebaka la bana* ba hao’+ 5 hobane Abrahama o ile a mmamela, a mamela ditaelo tsa ka le melao yohle ya ka.”+ 6 Isaka a nna a dula Gerare.+

7 Ha banna ba sebaka seo ba botsa ka mosadi wa hae o ne a re: “Ke kgaitsedi ya ka.”+ Ka ha Rebeka o ne a le motle,+ Isaka o ne a tshaba ho re ke mosadi wa hae hobane o ne a re, “Banna ba sebaka sena ba ka nna ba mpolaya ka lebaka la Rebeka.” 8 Ka mora nako e itseng, Abimeleke morena wa Bafilista a sheba ka fensetere mme a bona Isaka a ntse a tshwaratshwara Rebeka mosadi wa hae.+ 9 Hanghang Abimeleke a bitsa Isaka a re: “Athe ke mosadi wa hao? Ke hobaneng ha o itse ke kgaitsedi ya hao?” Isaka a re ho yena: “Ke buile jwalo hobane ke tshaba hore ke tla shwa ka lebaka la hae.”+ 10 Abimeleke a boela a re: “O re entseng?+ E mong wa batho ba ka a ka be a robetse le mosadi wa hao mme o ka be o entse hore re be molato.”+ 11 Abimeleke a re ho batho bohle: “Motho ya tla thetsa monna enwa le mosadi wa hae o tla bolawa.”

12 Isaka a lema naheng eo. Seo a se kotutseng selemong seo se ne se feta seo a se jetseng ka makgetlo a 100 ka ha Jehova o ne a mo hlohonolofatsa.+ 13 Isaka a nna a atleha ho fihlela e se e le morui. 14 Isaka a ba le dinku le dikgomo tse ngata le bahlanka ba bangata+ mme Bafilista ba qala ho mo monela.

15 Bafilista ba nka mobu mme ba kata didiba tsohle tse neng di tjhekilwe ke bahlanka ba ntate wa hae Abrahama+ mehleng ya hae. 16 Abimeleke a re ho Isaka: “Tloha motseng wa rona hobane o se o le matla ho re feta.” 17 Isaka a tloha moo yaba o hloma diahelo kgohlong* ya Gerare+ mme a dula teng. 18 Isaka a boela a tjheka didiba tse neng di tjhekilwe mehleng ya ntate wa hae Abrahama, tseo Bafilista ba ileng ba di kata ka mora lefu la Abrahama+ mme a di bitsa ka mabitso ao ntate wa hae a neng a di bitsa ka ona.+

19 Ha bahlanka ba Isaka ba ntse ba tjheka kgohlong,* ba fumana sediba sa metsi a hlwekileng. 20 Badisa ba Gerare ba ngangisana le badisa ba Isaka ba re: “Metsi ana ke a rona!” Isaka a reha sediba seo Eseke* hobane ba ne ba se tseka. 21 Ba tjheka sediba se seng mme le sona ba se tseka yaba o se reha Sitna.* 22 Ha morao a tloha moo mme a tjheka sediba se seng empa ha ba a ka ba se tseka. A se reha Rehobothe* mme a re: “Ke hobane Jehova o re file sebaka se seholo mme o entse hore re be bangata naheng ena.”+

23 A tloha moo a ya Beersheba.+ 24 Bosiung boo Jehova a hlaha ho yena a re: “Ke nna Modimo wa ntate wa hao Abrahama.+ O se ke wa tshoha+ ka ha ke na le wena mme ke tla o hlohonolofatsa, ke etse hore o be le bana* ba bangata ka lebaka la mohlanka wa ka Abrahama.”+ 25 Isaka a haha aletare moo yaba o bitsa lebitso la Jehova.+ A hloma tente ya hae+ mme bahlanka ba hae ba tjheka sediba moo.

26 Ha morao Abimeleke a tla ho yena a tswa Gerare a ena le moeletsi wa hae Ahuzathe le Fikole molaodi wa masole a hae.+ 27 Isaka a re ho bona: “Ke hobaneng ha le tlile ho nna empa le ntlhoile ebile le ntelekile motseng wa lona?” 28 Ba re: “Re bone hore Jehova o na le wena.+ Ka hoo re kopa ho etsa selekane le wena+ 29 sa hore o ke ke wa re etsa letho le lebe feela jwalo ka ha le rona re sa ka ra o tshwara hampe. Re o tshwere hantle ra o tlohela hore o itsamaele ka kgotso. Jehova o o hlohonolofaditse.” 30 A ba etsetsa mokete yaba ba a ja mme ba a nwa. 31 Ba tsoha hoseng ba etsa kano le yena.+ Ka mora moo Isaka a re ba tsamaye hantle yaba ba tsamaya ka kgotso.

32 Letsatsing leo, bahlanka ba Isaka ba tla mme ba mo bolella ka sediba seo ba neng ba se tjhekile+ mme ba re ho yena: “Re fumane metsi.” 33 A se reha Sheba. Ke ka lebaka leo motse oo o bitswang Beersheba+ ho fihlela kajeno.

34 Ha Esau a le dilemo di 40 a nyala Judithe moradi wa Beri wa Mohethe le Basmathe moradi wa Elone wa Mohethe.+ 35 Ba ne ba utlwisa Isaka le Rebeka bohloko haholo.+

27 Ha Isaka a tsofetse ebile a se a sa bone, a bitsa Esau+ mora wa hae e moholo mme a re: “Mora wa ka!” Esau a re: “Ke nna enwa!” 2 Isaka a re: “Ke se ke tsofetse. Ha ke tsebe hore na ke tla phela nako e kae. 3 Ke kopa o nke metsu le seqha sa hao mme o ye naheng o ntsomele phoofolo.+ 4 O phehe dijo tse monate tseo ke di ratang mme o ntlisetse tsona. Ke tla di ja e le hore nka o hlohonolofatsa pele ke shwa.”

5 Rebeka o ne a ntse a mametse ha Isaka a bua le mora wa hae Esau. Esau a ya naheng ho ya tsoma.+ 6 Rebeka a re ho mora wa hae Jakobo:+ “Ke qeta ho utlwa ntate wa hao a bua le abuti wa hao Esau a re, 7 ‘Ntlisetse phoofolo e tsonngweng mme o mphehele dijo tse monate ke je e le hore nka o hlohonolofatsa ka pela Jehova pele ke shwa.’+ 8 Mora wa ka, mmamele ka hloko mme o etse seo ke o laelang sona.+ 9 Ke kopa o ye mohlapeng mme o ntlele le dipotsanyane tse pedi tse nonneng e le hore nka phehela ntate wa hao dijo tse monate tseo a di ratang. 10 O di ise ho yena, a je e le hore a ka o hlohonolofatsa pele a shwa.”

11 Jakobo a re ho mme wa hae Rebeka: “Abuti Esau ke monna ya nang le mohwete+ empa nna ha ke na wona. 12 Ke tla etsang haeba Ntate a ka ntshwara?+ O tla nahana hore ke bapala ka yena ebe jwale ke itlisetsa thohako eseng tlhohonolofatso.” 13 Mme wa hae a re ho yena: “Bobe bo neng bo tla tla ho wena bo ke bo tle ho nna mora wa ka. Etsa seo ke o bolellang sona mme o ntlisetse tsona.”+ 14 Jakobo a lata dipotsanyane a di tlisa ho mme wa hae yaba mme wa hae o pheha dijo tse monate tseo Isaka a di ratang. 15 Ka mora moo, Rebeka a ya ka tlung a nka diaparo tse ntle tsa Esau mora wa hae e moholo mme a di apesa Jakobo mora wa hae e monyenyane.+ 16 A boela a beha matlalo a dipotsanyane matsohong a hae le karolong e se nang mohwete ya molala wa hae.+ 17 Jwale a fa mora wa hae Jakobo dijo tse monate tseo a di phehileng.+

18 Jakobo a ya ho ntate wa hae mme a re: “Ntate!” Isaka a re: “Bua mora wa ka! Ke wena mang?” 19 Jakobo a re ho ntate wa hae: “Ke nna Esau letsibolo la hao.+ Ke entse seo o itseng ke se etse. Ke kopa o tsohe o je nama ya phoofolo eo ke e tsommeng e le hore o ka ntlhohonolofatsa.”+ 20 Isaka a re ho mora wa hae: “O e fumane kapele hakaakang mora wa ka!” Jakobo a re: “Jehova Modimo wa hao o e tlisitse ho nna.” 21 Isaka a re ho Jakobo: “Mora wa ka ke kopa o atamele mme ke o tshware e le hore ke tsebe hore na o mora wa ka Esau kapa tjhe.”+ 22 Jakobo a atamela mme ntate wa hae Isaka a mo tshwara. Ka mora moo a re: “Lentswe ke la Jakobo empa matsoho ke a Esau.”+ 23 O ne a sa tsebe hore na ke mang hobane matsoho a hae a ne a ena le mohwete jwalo ka matsoho a abuti wa hae Esau. Ka hoo a mo hlohonolofatsa.+

24 Ka mora moo a re: “Na ka nnete ke wena mora wa ka Esau?” Jakobo a re: “Ke nna.” 25 Isaka a re: “Mora wa ka ntlisetse nama ya phoofolo eo o e tsommeng e le hore ke je, ke tle ke o hlohonolofatse.” A mo tlisetsa yona mme a ja. A mo tlisetsa le veine mme a nwa. 26 Ntate wa hae Isaka a re ho yena: “Ke kopa o atamele ke o sune mora wa ka.”+ 27 A atamela a mo suna mme a fofonela diaparo tsa hae.+ A mo hlohonolofatsa a re:

“Monko wa mora wa ka o jwalo ka monko wa naha eo Jehova a e hlohonolofaditseng. 28 E se eka Modimo wa nnete a ka o fa phoka ya mahodimo+ le mobu o nonneng wa lefatshe+ le dijo* tse ngata le veine e ntjha.+ 29 Batho ba ke ba o sebeletse mme ditjhaba di ke di o kgumamele. Eba morena wa bana beno mme bara ba mme wa hao ba o kgumamele.+ Ho rohakwe e mong le e mong ya o rohakang mme ho hlohonolofatswe e mong le e mong ya o hlohonolofatsang.”+

30 Hang ha Jakobo a qeta ho tloha ka mora hore Isaka a mo hlohonolofatse, Esau abuti wa hae a fihla.+ 31 Le yena a pheha dijo tse monate a di tlisa ho ntate wa hae mme a re ho yena: “Ntate tsoha mme o je nama ya phoofolo eo ke e tsommeng e le hore o ka ntlhohonolofatsa.” 32 Ntate wa hae Isaka a re ho yena: “O mang?” A re: “Ke nna mora wa hao wa letsibolo Esau.”+ 33 Isaka a thothomela ha bohloko yaba o re: “Ke mang ya tsommeng phoofolo mme a ntlisetsa yona? Ke e jele pele o fihla yaba ke a mo hlohonolofatsa mme o tla hlohonolofala!”

34 Ha Esau a utlwa mantswe a ntate wa hae, a utlwa bohloko yaba o lla haholo, o re ho yena: “Ntlhohonolofatse le nna Ntate!”+ 35 Empa a re: “Ngwaneno o ile a tla mme a nthetsa e le hore a fumane tlhohonolofatso eo o neng o lokela ho e fumana.” 36 Esau a re: “Ha se feela a rehilweng Jakobo* hobane o nkile seo e leng sa ka ka makgetlo ana a mabedi.+ O se a nkile tokelo ya ka ya ho ba letsibolo+ mme jwale o nkile le tlhohonolofatso ya ka.”+ A boela a re: “Nna ha ho na tlhohonolofatso eo o ntshietseng yona?” 37 Isaka a re ho Esau: “Ke mo entse morena wa hao+ mme ke mo file le bana babo kaofela hore e be bahlanka ba hae. Ke mo hlohonolofaditse ka dijo* le veine e ntjha.+ Ha ho sa na letho leo nka o etsetsang lona mora wa ka.”

38 Esau a re ho ntate wa hae: “Ntate ha o na tlhohonolofatso e nngwe? Ntate le nna ntlhohonolofatse!” Esau a lla ha bohloko.+ 39 Ntate wa hae Isaka a re:

“O tla dula hole le mobu o nonneng wa lefatshe mme o tla ba hole le phoka ya mahodimo.+ 40 O tla phela ka sabole ya hao+ mme o tla sebeletsa ngwaneno.+ Empa ha o se o sa kgone ho mamella, o tla roba joko ya hae molaleng wa hao.”+

41 Esau a hloya Jakobo ka lebaka la tlhohonolofatso eo ntate wa hae a mo fileng yona+ mme Esau a nna a re ka pelong: “E se kgale Ntate o tla shwa.+ Ka mora moo, ke tla bolaya ngwaneso Jakobo.” 42 Ha Rebeka a bolellwa mantswe a Esau mora wa hae e moholo, a re ho bitswe Jakobo mora wa hae e monyenyane yaba o re ho yena: “Abuti wa hao Esau o rera ho iphetetsa ka hore a o bolaye.* 43 Mora wa ka etsa seo ke reng o se etse. Balehela ho abuti wa ka Labane ya dulang Harane.+ 44 O dule le yena ho fihlela bohale ba abuti wa hao bo kokobela, 45 ho fihlela a se a sa halefa ebile a lebetse seo o mo entseng sona. Ke tla romela motho hore a o late. Ha ke batle ho lahlehelwa ke lona le le babedi ka letsatsi le le leng.”

46 Rebeka o ne a dula a re ho Isaka: “Banana bana ba Bahethe ba ntshulafaletsa bophelo.+ Ho tla etsahalang ka nna ha Jakobo a ka nyala ngwanana wa Mohethe, ya tshwanang le banana baa ba dulang naheng ee? Ho ka ba molemo hore ke mpe ke shwe.”+

28 Isaka a bitsa Jakobo mme a mo hlohonolofatsa yaba o mo fa taelo ena: “O se ke wa nyala mosadi ya tswang hara baradi ba Bakanana.+ 2 Eya Padane-arame lelapeng la Bethuele ntatemoholo wa hao mme o nyale e mong wa baradi ba Labane+ malome wa hao. 3 Modimo ya Matla Ohle o tla o hlohonolofatsa a etse hore o be le bana ba bangata mme o tla ba setjhaba se seholo.+ 4 O tla o fa tlhohonolofatso ya Abrahama,+ wena ha mmoho le bana* ba hao e le hore naha eo Modimo a e fileng Abrahama,+ eo o dutseng ho yona o le moditjhaba e be ya hao.”

5 Isaka a romela Jakobo Padane-arame ho Labane mora wa Bethuele wa Moarame,+ e leng abuti wa Rebeka+ mme wa Jakobo le Esau.

6 Esau a bona hore Isaka o hlohonolofaditse Jakobo mme o mo rometse Padane-arame ho ya batla mosadi teng le hore ha a ne a mo hlohonolofatsa o mo file taelo e reng: “O se ke wa nyala baradi ba Bakanana”+ 7 le hore Jakobo o mametse batswadi ba hae mme a ya Padane-arame.+ 8 Esau a hlokomela hore ntate wa hae Isaka ha a kgahlwe ke baradi ba Bakanana+ 9 yaba Esau o ya ho Ishmaele mme o nyala Mahalathe moradi wa Ishmaele mora wa Abrahama, kgaitsedi ya Nebajothe, ho ekelletsa ho basadi ba bang bao a neng a ena le bona.+

10 Jakobo a tloha Beersheba a ya Harane.+ 11 A fihla sebakeng se seng mme a itokisetsa ho robala moo hobane letsatsi le ne le diketse. A nka le leng la majwe a sebaka seo mme a le sama yaba o a robala.+ 12 A lora mme a bona ho ena le ditepisi* tse tlohang lefatsheng tse fihlang mahodimong mme ho ne ho ena le mangeloi a Modimo a ntseng a nyoloha a bile a theoha ka tsona.+ 13 Jehova o ne a le hodima tsona yaba o re:

“Ke nna Jehova Modimo wa ntate wa hao Abrahama le Modimo wa Isaka.+ Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e fa wena le bana* ba hao.+ 14 Bana* ba hao ba tla ba jwalo ka lerole la lefatshe,+ ba be bangata ho ya fihla ka bophirimela, ka botjhabela, ka leboya le ka borwa mme malapa ohle a lefatshe a tla hlohonolofatswa* ka lebaka la hao le bana* ba hao.+ 15 Ke na le wena mme ke tla o sireletsa hohle moo o yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena.+ Nke ke ka o tlohela ho fihlela ke phethile seo ke o tshepisitseng sona.”+

16 Jakobo a tsoha borokong mme a re: “Jehova o sebakeng sena empa ke ne ke sa tsebe.” 17 O ile a makala yaba o re: “Sebaka sena ha se sebaka feela tjee, se a halalela! Ena ke ntlo ya Modimo+ mme ena ke keiti ya mahodimo.”+ 18 Jakobo a tsoha hoseng a nka lejwe leo a neng a le samme yaba o le hloma e le lejwe la sehopotso mme o tshela oli hodima lona.+ 19 A reha sebaka seo Bethele* empa pele lebitso la motse oo e ne e le Luze.+

20 Jakobo a etsa kano a re: “Haeba Modimo o tla ba le nna le ho ntshireletsa leetong la ka mme a mphe bohobe hore ke je le diaparo hore ke apare 21 e le hore ke kgutlele ntlong ya Ntate ka kgotso, Jehova o tla be a bontshitse hore ke Modimo wa ka. 22 Lejwe lena leo ke le hlommeng e le sehopotso le tla fetoha ntlo ya hao Modimo+ wa ka mme ke tla o fa karolo ya leshome ya ntho e nngwe le e nngwe eo o tla mpha yona.”

29 Jakobo a tswela pele ka leeto la hae mme a ya naheng ya batho ba Botjhabela. 2 A bona sediba tshimong le dihlopha tse tharo tsa dinku di bothile pela sona. Badisa ba ne ba tlwaetse ho nwesa diphoofolo sedibeng seo. Ho ne ho ena le lejwe le leholo le neng le kwahetse sediba. 3 Ha diphoofolo tsohle di bokelletswe moo, badisa ba tlosa lejwe le neng le kwahetse sediba yaba ba nwesa diphoofolo, ka mora moo ba le kgutlisetsa hodima sediba.

4 Jakobo a re ho bona: “Bana beso le tswa hokae?” Ba re: “Re tswa Harane.”+ 5 A re ho bona: “Na le tseba Labane+ setloholo sa Nakore?”+ Ba re: “Re a mo tseba.” 6 A re ho bona: “Na o ntse a ya hantle?” Ba re: “O ntse a ikela hantle ebile moradi wa hae Ragele+ ke enwa o tla le dinku.” 7 Jakobo a re: “E ntse e le motshehare. Ha se nako ya ho bokella diphoofolo. Nwesang dinku mme ka mora moo le di fudise.” 8 Ba re: “Ha re a dumellwa ho etsa jwalo ho fihlela diphoofolo tsohle di bokelletswe mme ho tlositswe lejwe le hodima sediba. Ka mora moo re ka nwesa dinku.”

9 Ha a ntse a bua le bona, Ragele a tla le dinku tsa ntate wa hae ka ha e ne e le modisa. 10 Ha Jakobo a bona Ragele moradi wa malome wa hae Labane le dinku tsa Labane, Jakobo a atamela ka potlako mme a tlosa lejwe hodima sediba yaba o nwesa dinku tsa malome wa hae Labane. 11 Jakobo a suna* Ragele yaba o a lla. 12 Jakobo a bolella Ragele hore ke motjhana wa* ntate wa hae le hore ke mora wa Rebeka. Ragele a matha a yo bolella ntate wa hae.

13 Hang ha Labane+ a utlwa hore motjhana wa hae Jakobo o teng, a matha hore a yo kopana le yena. A mo haka a ba a mo suna mme a mo tlisa ka tlung ya hae. Jakobo a bolella Labane dintho tsohle tse etsahetseng. 14 Labane a re ho yena: “O lesapo la ka le nama ya ka.”* A dula le yena kgwedi kaofela.

15 Labane a re ho Jakobo: “Na o tla ntshebeletsa mahala hobane feela o le motjhana wa ka?*+ Mpolelle, o batla ke o patale ka eng?”+ 16 Labane o ne a ena le baradi ba babedi. Lebitso la e moholo e ne e le Lea mme la e monyenyane e le Ragele.+ 17 Lea o ne a se motle hakaalo* empa Ragele o ne a le motle haholo a bile a kgahleha. 18 Jakobo o ne a rata Ragele, ka hoo a re: “Ke ikemiseditse ho o sebeletsa dilemo tse supileng bakeng sa moradi wa hao e monyenyane Ragele.”+ 19 Labane a re: “Ho molemo hore ke o fe yena ho ena le hore ke mo fe monna e mong. Tswela pele o dula le nna.” 20 Jakobo a sebeletsa Labane ka dilemo tse supileng bakeng sa Ragele+ empa ho yena e ne eka ke matsatsi a seng makae feela hobane o ne a mo rata.

21 Jakobo a re ho Labane: “Mphe mosadi wa ka ke robale le yena hobane ke qetile ho o sebeletsa.” 22 Labane a bitsa banna bohle ba sebaka seo mme a etsa mokete. 23 Ka shwalane a kgetha ho nka moradi wa hae Lea mme a mo tlisa ho Jakobo hore a robale le yena. 24 Labane a ba a fa moradi wa hae Lea mosebeletsi ya bitswang Zilpa.+ 25 Hoseng Jakobo a bona hore e ne e le Lea. A re ho Labane: “Ke hobaneng ha o nkentse tjee? Na ha ke a o sebeletsa bakeng sa Ragele? Ke hobaneng ha o nqhekelletse?”+ 26 Labane a re: “Sebakeng sena ha ho a tlwaeleha hore ho fanwe ka ngwanana e monyenyane pele ho e moholo. 27 Qeta beke ya letjhato le Lea. Ka mora moo, o tla fuwa le Ragele ebe o ntshebeletsa dilemo tse ding tse supileng.”+ 28 Jakobo a etsa jwalo mme a dula le ngwanana eo beke kaofela, ka mora moo a mo fa Ragele moradi wa hae hore e be mosadi wa hae. 29 Ntle ho moo, Labane a fa moradi wa hae Ragele mosebeletsi+ ya bitswang Bilha.+

30 Jakobo a robala le Ragele empa o ne a rata Ragele ho feta Lea yaba o sebeletsa Labane dilemo tse ding tse supileng.+ 31 Ha Jehova a bona hore Lea ha a ratwe,* a mo thusa hore a ime*+ empa Ragele yena o ne a sa kgone ho ba le bana.+ 32 Lea a ima mme a ba le mora yaba o mo reha Rubene*+ hobane o ile a re: “Ke hobane Jehova o bone mesarelo ya ka,+ jwale monna wa ka o tla nthata.” 33 Lea a boela a ima mme a ba le mora yaba o re: “Ke hobane Jehova o utlwile hore ke ne ke sa ratwe mme o mphile le enwa.” A mo reha Simeone.*+ 34 A ima hape mme a ba le mora yaba o re: “Lekgetlong lena monna wa ka o tla nkgomarela hobane ke mo tswaletse bara ba bararo.” A rehwa Levi.*+ 35 A ima hape mme a ba le mora yaba o re: “Lekgetlong lena ke tla rorisa Jehova.” A mo reha Juda.*+ Ka mora moo a kgaotsa ho ba le bana.

30 Ha Ragele a bona hore ha a kgone ho etsetsa Jakobo bana, a monela ausi wa hae. O ne a dula a re ho Jakobo: “Mphe bana ho seng jwalo ke tla shwa.” 2 Jakobo a halefela Ragele a re: “Na ke nna Modimo? Na ke nna ya o thibelang ho ba le bana?” 3 Ragele a re: “Bilha+ mosebeletsi wa ka ke enwa. Robala le yena e le hore a ka nketsetsa bana.”* 4 A mo fa Bilha mosebeletsi wa hae hore e be mosadi wa hae mme Jakobo a robala le yena.+ 5 Bilha a ima mme ha nako e fihla a tswalla Jakobo mora. 6 Ragele a re: “Modimo e bile moahlodi wa ka hape o mametse lentswe la ka yaba o mpha mora.” Ke ka lebaka leo Ragele a ileng a mo reha Dane.*+ 7 Bilha mosebeletsi wa Ragele a boela a ima mme ha nako e fihla a tswalla Jakobo mora wa bobedi. 8 Ragele a re: “Ke lwanne le ausi wa ka ntwa e boima ebile ke mo hlotse.” Ka hoo a reha mora eo Nefthali.*+

9 Ha Lea a bona hore ha a sa ba le bana, a nka mosebeletsi wa hae Zilpa mme a mo fa Jakobo hore e be mosadi wa hae.+ 10 Zilpa mosebeletsi wa Lea a tswalla Jakobo mora. 11 Lea a re: “Ke hlohonolofaditswe haholo!” Yaba o mo reha Gade.*+ 12 Zilpa mosebeletsi wa Lea a tswalla Jakobo mora wa bobedi. 13 Lea a re: “Ke thabile haholo mme basadi ba tla phatlalatsa hore ke thabile.”+ A mo reha Ashere.*+

14 Nakong eo ho neng ho kotulwa koro, Rubene+ o ne a ntse a itsamaela yaba o fumana dimandrake* tshimong mme o di tlisa ho mme wa hae Lea. Ragele a re ho Lea: “Ke kopa o mphe tse ding tsa dimandrake tsa mora wa hao.” 15 A re ho yena: “Na ha o kgotsofalle hore ebe o nkile monna wa ka?+ Jwale o batla ho nka le dimandrake tsa mora wa ka?” Ragele a re: “Ho lokile. O tla robala le wena bosiung bona e le hore o ka mpha dimandrake tsa mora wa hao.”

16 Ha Jakobo a tswa tshimong mantsiboya, Lea a ya ho yena mme a re: “O tlo robala le nna bosiung bona hobane ke o hirile ka dimandrake tsa mora wa ka.” Jakobo a robala le Lea bosiung boo. 17 Modimo a araba thapelo ya Lea yaba o a ima mme ha nako e fihla a tswalla Jakobo mora wa bohlano. 18 Lea a re: “Modimo o mphile moputso wa ka hobane ke file monna wa ka mosebeletsi wa ka.” A mo reha Isakare.*+ 19 Lea a boela a ima mme ha nako e fihla a tswalla Jakobo mora wa botshelela.+ 20 Lea a re: “Modimo o mphile mpho e ntle. Jwale monna wa ka o tla nkamohela+ ka ha ke mo tswalletse bara ba tsheletseng.”+ Lea a mo reha Zabulone.*+ 21 Ka mora moo, a ba le moradi mme a mo reha Dina.+

22 Modimo a hopola Ragele yaba o araba thapelo ya hae mme o mo thusa hore a ime.*+ 23 A ima mme a ba le mora yaba o re: “Modimo o entse hore ke se ke ka hlola ke nyatseha.”+ 24 Ragele a mo reha Josefa*+ a re: “Jehova o mphile mora e mong.”

25 Ka mora hore Ragele a tswale Josefa, Jakobo a re ho Labane: “Ere ke tsamaye ke ye naheng ya heso.+ 26 Mphe basadi ba ka le bana ba ka bao ke ba sebeleditseng e le hore nka tsamaya. O a tseba hore ke o sebeleditse ka thata.”+ 27 Labane a re ho yena: “Ke kopa hore o se ke wa tsamaya hobane dipontsho* tseo ke di boneng, di entse hore ke hlokomele hore Jehova o ntlhohonolofatsa ka lebaka la hao.” 28 A boela a re: “Mpolelle hore na ke o patale ka eng mme ke tla o patala.”+ 29 Jakobo a re ho yena: “O a tseba hore ke o sebeleditse ka thata le hore diphoofolo tsa hao di ile tsa atleha ha ke ne ke di hlokometse.+ 30 Pele ke fihla diphoofolo tsa hao di ne di se ngata empa jwale di eketsehile. Jehova o o hlohonolofaditse ho tloha ha ke fihla. Jwale nna ke tla sebeletsa lelapa la ka neng?”+

31 Labane a re: “Ke o fe eng?” Jakobo a re: “O se ke wa mpha letho. Haeba o ka nketsetsa ntho e le nngwe feela, ke tla disa diphoofolo tsa hao le ho di hlokomela hape.+ 32 Ke tla feta hara diphoofolo tsohle tsa hao kajeno. O behelle ka thoko dinku tsohle tse nang le matheba mme diramong tse nyenyane o behelle ka thoko tsohle tse sootho. Dipoding tse tshehadi teng, o behelle ka thoko tsohle tse nang le matheba. Ho tloha hona jwale, diphoofolo tsena e tla ba moputso wa ka.+ 33 Nakong e tlang ha o tlo sheba moputso wa ka, o tla bona hore ke a tshepahala.* Haeba o ka fumana tsohle tse se nang matheba dipoding tse tshehadi le tse seng sootho diramong tse nyenyane ke tla be ke di utswitse.”

34 Labane a re: “Ho lokile. Ho ke ho be feela jwalo ka ha o kopile.”+ 35 Letsatsing leo a behella ka thoko dipodi tse tona tse nang le mela le matheba le dipodi tsohle tse tshehadi tse nang le matheba, tsohle tse nang le bosweu le diramo tsohle tse sootho diramong tse nyenyane mme a di fa bara ba hae hore ba di hlokomele. 36 Ka mora moo, a ya sebakeng se bohole ba leeto la matsatsi a mararo pakeng tsa hae le Jakobo mme Jakobo a disa diphoofolo tsa Labane tse setseng.

37 Jakobo a nka dithupa tse qetang ho kguwa difateng tsa storaxe, tsa almonde le tsa poleini mme a di ebola hore di hlahise bosweu. 38 A nka dithupa tseo a di ebotseng a di kenya ka dinwelong tsa diphoofolo hore ha di tlo nwa metsi di di bone mme di palese.

39 Diphoofolo di ne di palesa ka pela dithupa mme di tswala tse nang le mela le tse nang le matheba. 40 Jakobo a arola diramo tse nyenyane mme a etsa hore diphoofolo di shebane le tse nang le mela le tsohle tse sootho hara diphoofolo tsa Labane. A beha diphoofolo tsa hae ka thoko mme a se ke a di kopanya le tsa Labane. 41 Neng kapa neng ha diphoofolo tse matla di palesa, Jakobo o ne a beha dithupa ka dinwelong moo diphoofolo di ntseng di di bona e le hore di palese pela tsona. 42 Empa ha diphoofolo di ne di fokola, o ne a sa behe dithupa moo. Tse fokolang e ne e dula e le tsa Labane empa tse matla e le tsa Jakobo.+

43 Monna enwa a nna a atleha mme a ba le diphoofolo tse ngata le basebeletsi ba banna le ba basadi ha mmoho le dikamele le ditonki.+

31 Ha nako e ntse e ya, Jakobo a utlwa bara ba Labane ba re: “Jakobo o nkile dintho tsohle tsa ntate wa rona mme o bokelletse leruo la hae ka dintho tsa ntate wa rona.”+ 2 Ha Jakobo a sheba Labane, a bona hore ha a sa le ka mahlong.+ 3 Jehova a re ho Jakobo: “Kgutlela naheng ya heno le ho batho ba heno+ mme ke tla dula ke ena le wena.” 4 Jakobo a romela molaetsa ho Ragele le Lea hore ba tle tshimong mohlapeng wa hae. 5 A re ho bona:

“Ke bone hore ntate wa lona ha a sa le ka mahlong+ empa Modimo wa ntate wa ka haesale a ena le nna.+ 6 Le a tseba hore ke sebeleditse ntate wa lona ka matla ohle a ka.+ 7 Ntate wa lona o lekile ho nqhekella mme o fetotse moputso wa ka ka makgetlo a leshome empa Modimo o mo hanetse hore a nketse hampe. 8 Ha a ne a re, ‘Tse nang le matheba e tla ba moputso wa hao,’ diphoofolo tsohle di ne di tswala tse nang le matheba. Empa ha a ne a re, ‘Tse nang le mela e tla ba moputso wa hao,’ diphoofolo tsohle di ne di tswala tse nang le mela.+ 9 Modimo a nna a nka diphoofolo tsa ntate wa lona mme a mpha tsona. 10 Ha diphoofolo di palesa, ka bona torong hore diphooko* tse tlolelang mohlape e ne e le tse nang le mela le tse nang le matheba.+ 11 Lengeloi la Modimo wa nnete la re ho nna torong, ‘Jakobo!’ Ka re, ‘Ke nna enwa.’ 12 Yaba le re, ‘Bona hore diphooko tsohle tse tlolelang mohlape ke tse nang le mela le tse nang le matheba ka ha ke bone dintho tsohle tse mpe tseo Labane a o entseng tsona.+ 13 Ke nna Modimo wa nnete wa Bethele,+ e leng sebaka seo ho sona o ileng wa hloma lejwe la sehopotso* mme wa tshela oli hodima lona wa ba wa ikana ho nna.+ Tloha naheng ena mme o kgutlele naheng eo o hlahetseng ho yona.’”+

14 Ragele le Lea ba re: “Na re sa ntse re ena le lefa ka tlung ya ntate wa rona? 15 Na Ntate ha a re nke re le baditjhaba ka ha o re rekisitse mme o ntse a sebedisa tjhelete eo re e ntsheditsweng?+ 16 Maruo ohle ao Modimo a a amohileng Ntate ke a rona le bana ba rona.+ Etsa sohle seo Modimo a itseng o se etse.”+

17 Jakobo a palamisa bana le basadi ba hae dikamele+ 18 yaba o nka diphoofolo tsohle le dintho tsohle tseo a di bokeletseng+ ha a le Padane-arame mme a ya ho ntate wa hae Isaka naheng ya Kanana.+

19 Ha Labane a ne a yo kuta dinku, moradi wa hae Ragele a utswa diterafime*+ tsa hae.+ 20 Jakobo a hlalefela Labane wa Moarame yaba o tsamaya a sa mo bolella. 21 A baleha ka dintho tsohle tsa hae le batho ba hae mme a tshela Noka.*+ A ya dithabeng tsa Gileade.+ 22 Ka letsatsi la boraro, Labane a bolellwa hore Jakobo o balehile. 23 A tsamaya le bana babo ba bang,* a mo lelekisa mme a mo fumana ka mora matsatsi a supileng dithabeng tsa Gileade. 24 Modimo a tla ho Labane wa Moarame+ torong bosiu+ mme a re ho yena: “Eba hlokolosi ha o bua le Jakobo.”*+

25 Labane a tla ho Jakobo ka ha Jakobo o ne a hlomme tente ya hae thabeng mme Labane a hlomme ditente le bana babo dithabeng tsa Gileade. 26 Labane a re ho Jakobo: “O entseng? Ke hobaneng ha o entse bolotsana mme o tsamaile ka baradi ba ka jwalo ka ha eka ke batlamuwa ba hapuweng ka sabole? 27 Ke hobaneng ha o tsamaile o sa mpolella mme o entse bolotsana? Haeba o ne o mpoleletse, re ka be re ile ra thaba le wena, ra o binela mme ra o bapalla moropa o monyenyane le harepa. 28 Empa ha o a mpha monyetla wa ho suna ditloholo* tsa ka le baradi ba ka. O entse ka bowatla. 29 Ke na le matla a ho o etsa hampe empa Modimo wa ntate wa hao o buile le nna maobane bosiu a re, ‘Eba hlokolosi ha o bua le Jakobo.’+ 30 O tsamaile hobane o hopotse ba lelapa la ntate wa hao empa ke hobaneng ha o utswitse medimo ya ka?”+

31 Jakobo a re ho Labane: “Ke tsamaile hobane ke ne ke tshaba hore o tla tloha o nkamoha baradi ba hao. 32 Motho eo o tla fumana medimo ya hao ho yena o tla bolawa. Hlahloba dintho tseo ke nang le tsona batho* bohle ba ntse ba shebile mme o nke seo e leng sa hao.” Jakobo o ne a sa tsebe hore Ragele o e utswitse. 33 Labane a kena ka tenteng ya Jakobo, ya Lea le ya basebeletsi ba babedi ba basadi+ empa a se ke a e fumana. A tswa ka tenteng ya Lea mme a kena ka ho ya Ragele. 34 Ragele o ne a nkile diterafime a di kentse ka hara mokotla wa sale ya basadi ya kamele mme a dutse hodima tsona. Labane a batlana le tsona ka hara tente yohle empa a se ke a di fumana. 35 Ragele a re ho ntate wa hae: “O se ke wa halefa morenaka hobane ha ke kgone ho ema ka ha ke fihletswe ke dinako tsa basadi.”+ Labane a nna a batlana le diterafime empa a se ke a di fumana.+

36 Jakobo a halefa mme a omanya Labane a re: “Ke o entseng? Ke entse sebe sefe se etsang hore o ntelekise? 37 Jwalo ka ha o se o shebile ka hara dintho tsohle tsa ka, o fumane eng ya hao? E behe mona ka pela batho* bohle mme ba etse qeto pakeng tsa rona. 38 Dilemong tse 20 tseo ke di dutseng le wena, dinku le dipodi tsa hao ha di a ka tsa folotsa*+ mme ha ho mohla nkileng ka ja diramo tsa mohlape wa hao. 39 Ha ke a ka ka o tlisetsa phoofolo le ha e le efe e bolailweng ke dibata.+ Ke ne ke nka boikarabelo ba tsona. Ebang phoofolo e ne e utsuwa motshehare kapa bosiu, o ne o batla hore ke e patale. 40 Ke ne ke tjheswa ke letsatsi motshehare, bosiu ke bolawa ke serame ke bile ke fellwa ke boroko.+ 41 Ke qetile dilemo tse 20 ke dula le wena. Ke o sebeleditse dilemo tse 14 bakeng sa baradi ba hao ba babedi le dilemo tse tsheletseng bakeng sa diphoofolo tsa hao mme o ile wa nna wa fetola moputso wa ka ka makgetlo a leshome.+ 42 Hoja Modimo wa Ntate,+ Modimo wa Abrahama le eo Isaka a mo tshabang*+ a sa ka a ba le nna, o ka be o ntsamaisitse ke sa nka letho. Modimo o bone hore o ne o ntshotla le hore ke ne ke sebetsa ka thata. Ke ka hoo a o kgalemetseng maobane bosiu.”+

43 Labane a re ho Jakobo: “Baradi bana ke ba ka, bana bana ke ditloholo tsa ka, diphoofolo tsena ke tsa ka le dintho tsohle tseo o di bonang ke tsa ka le baradi ba ka. Na nka etsa baradi ba ka le ditloholo tsa ka hampe? 44 A re etse selekane mme e tla ba bopaki pakeng tsa rona.” 45 Jakobo a nka lejwe la sehopotso mme a le hloma.+ 46 A re ho bana babo: “Nkang majwe!” Ba a nka mme ba etsa qubu. Ka mora moo ba jella moo qubung. 47 Labane a e bitsa Jegare-sahadutha* empa Jakobo a e bitsa Galede.*

48 Labane a re: “Qubu ena ya majwe ke bopaki pakeng tsa ka le wena kajeno.” Ke ka lebaka leo a ileng a e reha Galede+ 49 le Tora ya ho Lebela hobane o itse: “Jehova a ke a re lebele ha re se re arohane. 50 Haeba o sa tshware baradi ba ka hantle mme o nyala basadi ba bang ka ntle ho baradi ba ka, o hopole hore Modimo e tla ba paki pakeng tsa ka le wena le hoja ho se na motho ya re bonang.” 51 Labane a re ho Jakobo: “Qubu ya majwe ke ena le lejwe la sehopotso ke lena leo ke le behileng pakeng tsa ka le wena. 52 Qubu ena ya majwe ke bopaki, lejwe lena la sehopotso le lona ke bopaki+ ba hore nke ke ka fetela ka nqane ho qubu ena hore ke o etse hampe mme le wena o ke ke wa fetela ka nqena ho qubu ena le lejwe lena la sehopotso hore o nketse hampe. 53 Modimo wa Abrahama+ le Modimo wa Nakore, Modimo wa ntate wa bona, a ke a ahlole pakeng tsa rona.” Jakobo a hlapanya ka Modimo eo ntate wa hae Isaka a mo hlomphang.+

54 Jakobo a etsa sehlabelo thabeng yaba o mema batho* ba hae hore ba je bohobe. Ba ja mme ba robala moo thabeng. 55 Labane a tsoha hoseng haholo yaba o suna ditloholo*+ tsa hae le baradi ba hae mme a ba hlohonolofatsa.+ Labane a tsamaya a kgutlela hae.+

32 Jakobo a tsamaya mme mangeloi a Modimo a kopana le yena. 2 Ha Jakobo a a bona a re: “Lena ke lebotho la Modimo!” A reha sebaka seo Mahanaime.*

3 Jakobo a romela baromuwa hore ba mo etelle pele ho ya ho Esau abuti wa hae naheng ya Seire,+ eo hape e bitswang naha* ya Edomo+ 4 yaba o re ho bona: “Le fihle le re ho morenaka Esau, ‘Mohlanka wa hao Jakobo o re: “Ke dutse* le Labane nako e telele.+ 5 Ke na le dipoho, ditonki, dinku le basebeletsi ba banna le ba basadi+ mme ke romela molaetsa ona ho o tsebisa morenaka e le hore o ka nkamohela.”’”

6 Baromuwa ba kgutlela ho Jakobo ba re: “Re kopane le abuti wa hao Esau ebile o tseleng le banna ba 400 ho tla kopana le wena.”+ 7 Jakobo a tshoha haholo mme a tshwenyeha.+ A arola batho bao a neng a ena le bona, dinku, dipodi, dikgomo le dikamele ka dihlopha tse pedi. 8 A re: “Haeba Esau a ka hlasela sehlopha se seng, se seng sona se tla pholoha.”

9 Jakobo a re: “Jehova Modimo wa ntate wa ka Abrahama le Modimo wa ntate wa ka Isaka, wena ya reng ho nna, ‘Kgutlela naheng ya heno le ho ba heno mme ke tla o hlohonolofatsa,’+ 10 ha ke tshwanelwe ke lerato la hao* le hore ebe o ntshepahalletse+ hobane ke tshetse Jordane ena ke ena le lere la ka feela mme jwale ke fetohile dihlopha tse pedi.+ 11 Ke a o rapela, mpholose+ ho abuti wa ka Esau hobane ke tshaba hore o tla tla mme a ntlhasele+ le basadi ba ka le bana. 12 O ile wa re: ‘Ke tla o hlohonolofatsa, ke etse hore bana* ba hao ba be jwalo ka lehlabathe la lewatle le lengata haholo hore le ka balwa.’”+

13 A robala moo yaba o isetsa abuti wa hae Esau karolo e nngwe ya maruo a hae e le mpho:+ 14 dipodi tse tshehadi tse 200, diphooko* tse 20, dinku tse tshehadi tse 200, diramo tse 20, 15 dikamele tse 30 tse anyesang dipetsana tsa tsona, dikgomo tse tshehadi tse 40, dipoho tse leshome, ditonki tse tshehadi tse 20 le ditonki tse tona tse leshome.+

16 A neha bahlanka ba hae diphoofolo ka ho latellana mme a re ho bona: “Tshelang pele ho nna mme le siye sebaka pakeng tsa diphoofolo tsa lona.” 17 A re ho mohlanka wa pele: “Haeba abuti wa ka Esau a ka kopana le wena mme a o botsa a re, ‘O ya hokae, monga hao ke mang, hona diphoofolo tsee ke tsa mang?’ 18 O tle o re, ‘Ke mohlanka wa Jakobo, mohlanka wa hao. Diphoofolo tsena ke mpho e rometsweng ho wena morenaka Esau+ mme le yena o ntse a tla ka mora rona.’” 19 A re ho mohlanka wa bobedi le wa boraro le ho bohle ba kgannang diphoofolo: “Le bue mantswe ana ho Esau ha le kopana le yena. 20 Hape le re, ‘Mohlanka wa hao Jakobo o ntse a tla ka mora rona.’” Hobane o ile a re: ‘Haeba nka bopa kgotso le yena ka ho mo romella mpho pele ke fihla,+ mohlomong o tla nkamohela ka mosa ha re kopana.’ 21 Bahlanka ba hae ba tshela pele ho yena mme ba isa mpho empa yena a robala ditenteng.

22 Bosiung boo a tsamaya le basadi ba hae ba babedi,+ basebeletsi ba hae ba babedi ba basadi+ le bara ba hae ba banyenyane ba 11 mme a tshela nokana ya Jaboke.+ 23 A ba tshedisa nokana* mme a nka le dintho tsohle tseo a nang le tsona.

24 Qetellong Jakobo a sala a le mong. Monna e mong a lwana le yena ho fihlela mesong.+ 25 Ha a bona hore ha a mo hlole, a tshwara lesapo la noka ya hae mme lesapo la noka ya Jakobo la tswa madulong ha a ntse a lwana le yena.+ 26 Ka mora moo a re: “Ntlohele ke tsamaye ka ha e se e le hoseng.” Jakobo a re: “Nke ke ka o tlohela ho fihlela o ntlhohonolofatsa.”+ 27 Monna eo a re ho yena: “Lebitso la hao o mang?” A re: “Ke Jakobo.” 28 Monna eo a re: “Lebitso la hao ha e sa tla hlola e eba Jakobo empa e tla ba Iseraele*+ hobane o lwanne le Modimo+ le batho mme qetellong o hlotse.” 29 Jakobo a re: “Ke kopa o mpolelle lebitso la hao.” Empa monna eo a re: “Ke hobaneng ha o batla ho tseba lebitso la ka?”+ Yaba o a mo hlohonolofatsa. 30 Jakobo a reha sebaka seo Peniele*+ hobane o ile a re, “Ke bone sefahleho sa Modimo* empa ke ntse ke phela.”+

31 Ha a feta Penuele,* letsatsi le ile la qala ho tjhaba empa o ne a hlotsa ka lebaka la noka ya hae.+ 32 Ke ka lebaka leo ho fihlela letsatsing lena Baiseraele* ba sa tlwaelang ho ja mosifa wa serope, o lesapong la lenonyello la noka hobane o ile a tshwara lesapo la lenonyello la noka ya Jakobo mosifeng wa serope.

33 Jakobo a bona Esau a tla le bahlanka ba hae ba 400.+ A arola bana. Ba bang a ba fa Lea, ba bang a ba fa Ragele mme ba bang a ba fa basebeletsi ba babedi ba basadi.+ 2 A beha basebeletsi ba basadi le bana ba bona ka pele,+ ka mora bona ya eba Lea le bana ba hae+ mme ka mora bona a beha Ragele+ le Josefa. 3 A ya ka pela bona mme a kgumama* ka makgetlo a supileng ha a ntse a atamela abuti wa hae.

4 Empa Esau a matha ho ya kopana le yena, a mo haka a ba a mo suna* yaba ba lla ha bohloko. 5 Ha a bona basadi le bana a re: “Ke bomang baa ba nang le wena?” Jakobo a re: “Ke bana bao Modimo a hauhetseng mohlanka wa hao ka bona.”+ 6 Basebeletsi ba basadi ba atamela le bana ba bona mme ba kgumama, 7 Lea a atamela le bana ba hae mme ba kgumama. Josefa le Ragele le bona ba atamela yaba ba a kgumama.+

8 Esau a re: “Ke hobaneng ha o ile wa romela batho le diphoofolo tseo ke kopaneng le tsona?”+ Jakobo a re: “Hore o tle o nkgauhele morenaka.”+ 9 Esau a re: “Ngwaneso, ke na le maruo a mangata haholo.+ O se ke wa mpha a hao.” 10 Empa Jakobo a re: “Ke a o kopa hle, haeba o nkgauhetse ke kopa o nke mpho ena hobane ke o tliseditse yona e le hore ke bone sefahleho sa hao. Ke bone sefahleho sa hao jwalo ka ha eka ke bone sefahleho sa Modimo hobane o nkamohetse ka thabo.+ 11 Ke kopa o nke mpho* e ileng ya tliswa ho wena+ hobane Modimo o nkgauhetse mme ke na le dintho tsohle tseo ke di hlokang.”+ A mo phehella ho fihlela a e nka.

12 Ha morao Esau a re: “A re tsamaye mme ke tla di hula pele.” 13 Empa Jakobo a re ho yena: “Morenaka o hlokometse hore bana ba sa le banyenyane+ hape ke hlokometse dinku le dikgomo tse anyesang. Haeba di potlakiswa haholo ka letsatsi le le leng, diphoofolo tsohle di tla shwa. 14 Morenaka ke kopa o tsamaelle pele, nna ke tla tsamaya ke iketlile le diphoofolo tsa ka le bana ho fihlela ke fihla Seire ho wena.”+ 15 Esau a re: “Ke kopa ho siya ba bang ba batho ba ka le wena.” Jakobo a re: “Hobaneng? Ke mpa feela ke batla hore o nkgauhele morenaka.” 16 Letsatsing leo Esau a kgutlela Seire.

17 Jakobo a ya Sukothe,+ a ikahela ntlo mme a hahela diphoofolo tsa hae masaka. Ke ka lebaka leo a ileng a reha sebaka seo Sukothe.*

18 Jakobo a tloha Padane-arame+ mme a fihla a sireletsehile motseng wa Shikeme+ o naheng ya Kanana+ yaba o hloma ditente tsa hae haufi le motse oo. 19 A reka tshimo ka dikotwana tse 100 tsa tjhelete+ ho bara ba Hamore ntate wa Shikeme yaba o hloma tente ya hae moo. 20 A hloma aletare moo mme a e bitsa Modimo ke Modimo wa Iseraele.+

34 Dina moradi wa Jakobo le Lea,+ o ne a tlwaetse ho tjhakela banana ba naha eo.+ 2 Ha Shikeme mora wa Hamore wa Moheve,+ kgosana ya naha a mo bona, a mo nka mme a mo beta. 3 Shikeme a kgahlwa ke Dina moradi wa Jakobo. O ne a shwa a ikepela ka Dina mme a leka ho mo hapa pelo.* 4 Qetellong Shikeme a re ho ntate wa hae Hamore:+ “Nkopele morwetsana enwa hore e be mosadi wa ka.”

5 Bara ba Jakobo ba ne ba le naheng le diphoofolo tsa hae ha a utlwa hore Shikeme o silafaditse moradi wa hae Dina. Jakobo a thola ho fihlela ba kgutla. 6 Ha morao Hamore ntate wa Shikeme a ya ho Jakobo ho ya bua le yena. 7 Empa bara ba Jakobo ba utlwa ka taba ena yaba ba kgutla naheng hanghang. Ba ne ba utlwile bohloko ebile ba halefile hobane o ne a tlotlolotse Iseraele ka ho robala le moradi wa Jakobo,+ e leng ntho e sa lokelang ho etswa.+

8 Hamore a bua le bona a re: “Mora wa ka Shikeme o kgahlilwe ke moradi wa lona. Ke kopa le mo fe yena e be mosadi wa hae 9 mme le etse selekane sa lenyalo* le rona. Le re fe baradi ba lona mme re tla le fa baradi ba rona.+ 10 Le ka dula le rona mme la fuwa naha. Le iketsetse dikgwebo mme le ahe ho yona.” 11 Shikeme a re ho ntate wa Dina le bana babo: “Ke kopa le nkamohele mme ke tla le fa sohle seo le se kopang. 12 Le ka nna la mpatadisa tjhelete e ngata ya mahadi le mpho.+ Ke ikemiseditse ho le fa sohle seo le se batlang. Ha feela le ka mpha morwetsana enwa hore e be mosadi wa ka.”

13 Bara ba Jakobo ba thetsa Shikeme le ntate wa hae Hamore hobane o ne a silafaditse kgaitsedi ya bona Dina. 14 Ba re ho bona: “Re ke ke ra fana ka kgaitsedi ya rona ho monna ya sa bollang*+ hobane ho etsa jwalo ho ka re tlotlolla. 15 Re tla dumela ha feela le ka ba jwalo ka rona mme la bolotsa banna bohle ba lona.+ 16 Re tla le fa baradi ba rona mme re tla nyala baradi ba lona, re tla dula le lona mme re be setjhaba se le seng. 17 Haeba le sa re mamele mme le sa bolle, re tla nka moradi wa rona re tsamaye.”

18 Taba ena ya thabisa Hamore+ le mora wa hae Shikeme.+ 19 Mohlankana eo a potlakela ho etsa seo ba itseng a se etse+ hobane o ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo. Shikeme o ne a hlompheha ho feta bohle ba lelapa la ntate wa hae.

20 Hamore le mora wa hae Shikeme ba ya keiting ya motse mme ba bua le banna ba motse wa bona+ ba re: 21 “Banna bana ba batla ho ba le kgotso le rona. Ba tloheleng hore ba dule naheng ena mme ba iketsetse dikgwebo ho yona ka ha naha ena e kgolo mme le bona e ka ba lekana. Re ka nyala baradi ba bona mme ba ka nyala baradi ba rona.+ 22 Banna bana ba dumela ho dula le rona e le hore re ka ba setjhaba se le seng ha feela re ka etsa ntho ena e le nngwe: Banna bohle hara rona ba lokela ho bolla jwalo ka bona.+ 23 Matlotlo a bona, leruo la bona le mehlape yohle ya bona e tla ba tsa rona. A re dumeleng ho etsa jwalo e le hore ba ka dula le rona.” 24 Banna bohle ba bokaneng keiting ya motse ba mamela Hamore le mora wa hae Shikeme mme ba bolla.

25 Ka letsatsi la boraro ha ba ntse ba opelwa, bara ba babedi ba Jakobo e leng Simeone le Levi, boabuti ba Dina,+ ba nka disabole tsa bona mme ba ya motseng baahi ba moo ba sa lebella yaba ba bolaya banna bohle.+ 26 Ba bolaya Hamore le mora wa hae Shikeme ka sabole yaba ba nka Dina ntlong ya Shikeme mme ba tsamaya. 27 Bara ba bang ba Jakobo ba tla ho banna ba bolailweng yaba ba nka maruo a motse hobane ba silafaditse kgaitsedi ya bona.+ 28 Ba nka dinku, dipodi, diphoofolo tse kgolo, ditonki tsa bona le dintho tsohle tse neng di le motseng oo le naheng. 29 Ba boela ba nka dintho tsohle tsa bona, ba hapa bana bohle ba bona ba banyenyane le basadi ba bona mme ba nka le dintho tsohle tse ka matlung.

30 Jakobo a re ho Simeone le Levi:+ “Le mpaketse bothata bo boholo* ka ho nketsa ntho e nyonyehang ho baahi ba naha, ho Bakanana le Bapereze. Re a fokola ka palo, ba tla mpokanela hore ba ntlhasele mme nna le ba lelapa la ka re tla fediswa.” 31 Empa ba re: “Re ke ke ra dumela hore kgaitsedi ya rona e tshwarwe jwalo ka letekatse.”

35 Modimo a re ho Jakobo: “Eya Bethele+ o dule teng mme o fihle o hahele Modimo wa nnete aletare, Modimo ya ileng a hlaha ho wena ha o ne o baleha abuti wa hao Esau.”+

2 Jakobo a re ho ba lelapa la hae le ho bohle bao a nang le bona: “Lahlang medimo ya ditshwantsho e ho lona,+ le itlhwekise mme le apare diaparo tse ding. 3 A re yeng Bethele. Ke tla hahela Modimo wa nnete aletare. Modimo o ile a nkaraba ha ke ne ke ena le mathata, a ba le nna hohle* moo ke neng ke ya teng.”+ 4 Ba fa Jakobo medimo yohle ya ditshwantsho eo ba neng ba ena le yona le masale a ditsebeng tsa bona yaba Jakobo o di tsetela* tlasa sefate se seholo se neng se le haufi le Shikeme.

5 Ha ba ntse ba tsamaya, Modimo a etsa hore batho ba metse e ba potolohileng ba tshohe. Ka hoo, ha ba a ka ba lelekisa bara ba Jakobo. 6 Jakobo le batho bohle ba nang le yena ba fihla Luze+ eo hape e bitswang Bethele naheng ya Kanana. 7 O ile a haha aletare moo mme a bitsa sebaka seo Ele-bethele* hobane Modimo wa nnete o ile a itlhahisa ho yena moo ha a ne a baleha abuti wa hae.+ 8 Ha morao Debora,+ mosadi ya hlokomelang* Rebeka a shwa mme a patwa haufi le Bethele tlasa sefate sa ouku.* Jakobo a se reha Alone-bakuthe.*

9 Ha Jakobo a tswa Padane-arame, Modimo a boela a hlaha ho yena mme a mo hlohonolofatsa. 10 Modimo a re ho yena: “Lebitso la hao ke Jakobo.+ Empa ha o sa tla bitswa Jakobo. O se o tla bitswa Iseraele.” A qala ho mo bitsa Iseraele.+ 11 Modimo a boela a re ho yena: “Ke nna Modimo ya Matla Ohle.+ Ata mme o ngatafale. O tla ba ntate wa ditjhaba tse ngata+ mme marena a tla tswa ho wena.*+ 12 Ke tla o fa naha eo ke e fileng Abrahama le Isaka mme ke tla e fa le bana* ba hao.”+ 13 Modimo a tloha ho yena sebakeng seo a neng a buile le yena a le ho sona.

14 Jakobo a hloma lejwe la sehopotso sebakeng seo a buileng le yena a le ho sona, a tshela nyehelo ya seno le oli hodima lona.+ 15 Jakobo a reha sebaka seo Modimo a buileng le yena ho sona Bethele.+

16 Ba tloha Bethele mme ha ba ntse ba le hole le ho fihla Efratha, nako ya hore Ragele a be le ngwana ya fihla empa a thatafallwa ke ho beleha. 17 Ha a ntse a thatafallwa ke ho beleha, mmelehisi a re ho yena: “O se ke wa tshoha hobane le mora enwa o tla hlaha.”+ 18 Ha a le haufi le ho shwa a mo reha Ben-oni* empa ntate wa hae a mo reha Benjamine.*+ 19 Ragele a shwa mme a patwa tseleng e yang Efratha eo hape e bitswang Bethlehema.+ 20 Jakobo a hloma lejwe la sehopotso hodima lebitla la hae. Ke lejwe la sehopotso la lebitla la Ragele ho fihlela letsatsing lena.

21 Iseraele a tsamaya yaba o hloma tente ya hae ka nqane ho tora ya Edere. 22 Ka letsatsi le leng ha Iseraele a ntse a dula naheng eo, Rubene a robala le Bilha serethe* sa ntate wa hae yaba Iseraele o utlwela ka taba eo.+

Jakobo o ne a ena le bara ba 12. 23 Bara ba Lea e ne e le Rubene letsibolo la Jakobo,+ ha latela Simeone, Levi, Juda, Isakare le Zabulone. 24 Bara ba Ragele e ne e le Josefa le Benjamine. 25 Bara ba Bilha mosebeletsi wa Ragele e ne e le Dane le Nefthali. 26 Bara ba Zilpa mosebeletsi wa Lea e ne e le Gade le Ashere. Bana ke bara ba Jakobo bao a ba tswalletsweng Padane-arame.

27 Qetellong Jakobo a fihla Mamre,+ Kiriathe-arba, ke ho re Hebrone, moo ntate wa hae Isaka a neng a le teng, moo Abrahama le Isaka ba ileng ba dula teng e le baditjhaba.+ 28 Isaka o phetse dilemo tse 180.+ 29 Isaka a shwa ka mora hore a phele nako e telele a bile a kgotsofetse yaba o patwa jwalo ka batho ba habo.* Bara ba hae e leng Esau le Jakobo ba mo pata.+

36 Ena ke histori ya Esau eo hape a bitswang Edomo.+

2 Esau o ile a nyala basadi bana ba tswang Kanana: Ada+ moradi wa Elone wa Mohethe+ le Oholibama+ moradi wa Ana, setloholo sa Zibeone wa Moheve 3 le Basmathe+ moradi wa Ishmaele, kgaitsedi ya Nebajothe.+

4 Ada a tswalla Esau Elifaze mme Basmathe a tswala Reuele,

5 Oholibama a tswala Jeushe, Jalame le Kora.+

Bana ke bara ba Esau bao a ba tswalletsweng naheng ya Kanana. 6 Esau a nka basadi ba hae, bara, baradi ba hae le bohle ba lelapa la hae. A nka le diphoofolo tsohle tsa hae le maruo ohle ao a ileng a ba le ona+ ha a le naheng ya Kanana mme a ya naheng e nngwe, hole le Jakobo ngwanabo.+ 7 Dintho tsa bona di ne di le ngata haholo hore ba ka dula mmoho mme naha eo ba neng ba dula* ho yona e ne e sa ba lekane ka lebaka la diphoofolo tsa bona. 8 Esau a dula dithabeng tsa Seire.+ Esau o boetse o bitswa Edomo.+

9 Ena ke histori ya Esau ntate wa Baedomo ba dulang dithabeng tsa Seire.+

10 Ana ke mabitso a bara ba Esau: Elifaze mora wa Ada, mosadi wa Esau, Reuele mora wa Basmathe, mosadi e mong wa Esau.+

11 Bara ba Elifaze e ne e le Temane,+ Omare, Zefo, Gatame le Kenaze.+ 12 Timna ya eba serethe* sa Elifaze, mora wa Esau. Ha nako e fihla a tswalla Elifaze Amaleke.+ Bana ke bara ba Ada, mosadi wa Esau.

13 Bana ke bara ba Reuele: Nahathe, Zera, Shama le Miza. Ke bara ba Basmathe+ mosadi wa Esau.

14 Bana ke bara ba Oholibama bao a ileng a ba tswalla Esau: Jeushe, Jalame le Kora. Oholibama e ne e le mosadi wa Esau hape e le moradi wa Ana ebile e le setloholo sa Zibeone.

15 Bana ke baetapele ba bara ba Esau:+ Bara ba Elifaze, letsibolo la Esau: Moetapele Temane, Moetapele Omare, Moetapele Zefo, Moetapele Kenaze,+ 16 Moetapele Kora, Moetapele Gatame le Moetapele Amaleke. Bana ke baetapele ba Elifaze+ naheng ya Edomo. Ke bara ba Ada.

17 Bana ke bara ba Reuele, mora wa Esau: Moetapele Nahathe, Moetapele Zera, Moetapele Shama le Moetapele Miza. Bana ke baetapele ba Reuele naheng ya Edomo.+ Ke bara ba Basmathe, mosadi wa Esau.

18 Bana ke bara ba Oholibama mosadi wa Esau: Moetapele Jeushe, Moetapele Jalame le Moetapele Kora. Ke baetapele ba Oholibama moradi wa Ana, mosadi wa Esau.

19 Bana ke bara ba Esau e leng Edomo+ mme bana ke baetapele ba bona.

20 Bana ke bara ba Seire wa Mohore, baahi ba naha:+ Lotane, Shobale, Zibeone, Ana,+ 21 Dishone, Ezere le Dishane.+ Bana ke baetapele ba Bahore, bara ba Seire, naheng ya Edomo.

22 Bara ba Lotane e ne e le Hori le Hemame mme kgaitsedi ya Lotane e ne e le Timna.+

23 Bana ke bara ba Shobale: Alvane, Manahathe, Ebale, Shefo le Oname.

24 Bana ke bara ba Zibeone:+ Aja le Ana. Enwa ke Ana ya ileng a fumana didiba tsa metsi a tjhesang lefeelleng ha a ntse a hlokometse ditonki tsa ntate wa hae Zibeone.

25 Bana ke bana ba Ana: Dishone le Oholibama moradi wa Ana.

26 Bana ke bara ba Dishone: Hemdane, Eshbane, Ithrane le Kerane.+

27 Bana ke bara ba Ezere: Bilhane, Zavane le Akane.

28 Bana ke bara ba Dishane: Utse le Arane.+

29 Bana ke baetapele ba Bahore: Moetapele Lotane, Moetapele Shobale, Moetapele Zibeone, Moetapele Ana, 30 Moetapele Dishone, Moetapele Ezere le Moetapele Dishane.+ E ne e le baetapele ba Bahore naheng ya Seire.

31 Ana ke marena a ileng a busa naha ya Edomo+ pele morena le ha e le ofe a busa Baiseraele.*+ 32 Bela mora wa Beore o ile a busa Edomo mme motse wa hae e ne e le Dinhaba. 33 Ha Bela a shwa, Jobabe mora wa Zera ya tswang Bozra a busa ka mora hae. 34 Ha Jobabe a shwa, Hushame ya tswang naheng ya Batemane a busa ka mora hae. 35 Ha Hushame a shwa, Hadade mora wa Bedade, ya hlotseng Bamidiane+ naheng ya Moabe, a busa ka mora hae. Lebitso la motse wa hae e ne e le Avithe. 36 Ha Hadade a shwa, Samla ya tswang Masreka a busa ka mora hae. 37 Ha Samla a shwa, Shaule ya tswang Rehobothe pela Noka a busa ka mora hae. 38 Ha Shaule a shwa, Baale-hanane mora wa Akbore a busa ka mora hae. 39 Ha Baale-hanane mora wa Akbore a shwa, Hadare a busa ka mora hae. Lebitso la motse wa hae e ne e le Pau mme lebitso la mosadi wa hae e le Mehetabele moradi wa Matrede moradi wa Mezahabe.

40 Ana ke mabitso a baetapele ba Esau ho ya ka malapa le dibaka tsa bona: Moetapele Timna, Moetapele Aleva, Moetapele Jethethe,+ 41 Moetapele Oholibama, Moetapele Ela, Moetapele Pinone, 42 Moetapele Kenaze, Moetapele Temane, Moetapele Mibzare, 43 Moetapele Magdiele le Moetapele Irame. E ne e le baetapele ba Edomo ho ya ka dibaka tsa bona tsa bodulo naheng ya bona.+ Enwa ke Esau ntate wa Baedomo.+

37 Jakobo a dula naheng ya Kanana, moo ntate wa hae a ileng a dula teng e le moditjhaba.+

2 Ena ke histori ya Jakobo.

Ha Josefa+ e sa le moshanyana ya dilemo di 17, o ne a disa+ le bara ba Bilha+ le bara ba Zilpa,+ basadi ba ntate wa hae. Josefa a bolella ntate wa bona dintho tse mpe tseo ba neng ba di etsa. 3 Iseraele o ne a rata Josefa ho feta bara ba bang bohle+ ba hae hobane e ne e le mora wa botsofading ba hae. O ne a bile a mo etseditse seaparo se selelele se kgethehileng.* 4 Ha bana babo ba bona hore ntate wa bona o mo rata ho ba feta kaofela, ba mo hloya mme ba ne ba dula ba mo hlaba ka mantswe.

5 Ha morao Josefa a ba le toro mme a e bolella bana babo+ yaba ba mo hloya le ho feta. 6 A re ho bona: “Ke kopa le mamele toro ena eo ke e lorileng. 7 Re ne re tlama mangata hara tshimo. Ngata ya ka ya tsoha ya ema e otlolohile mme mangata a lona a potapota ngata ya ka a e kgumamela.”+ 8 Bana babo ba re ho yena: “Na o tlo iketsa morena wa rona mme o re laole?”+ Ba fumana lebaka le leng la ho mo hloya ka lebaka la ditoro tsa hae le seo a se buileng.

9 A ba le toro e nngwe mme a e bolella bana babo a re: “Ke lorile toro e nngwe. Lekgetlong lena letsatsi, kgwedi le dinaledi tse 11 di ne di kgumama ka pela ka.”+ 10 A e bolella ntate wa hae le bana babo. Ntate wa hae a mo kgalemela a re ho yena: “Toro ee ya hao e bolelang? Na nna, mme wa hao le bana beno re tla o kgumamela?” 11 Bana babo ba mo monela+ empa ntate wa hae a dula a nahana ka seo Josefa a se buileng.

12 Bana babo ba tsamaya ba yo fudisa diphoofolo tsa ntate wa bona haufi le Shikeme.+ 13 Iseraele a re ho Josefa: “Bana beno ba disitse diphoofolo haufi le Shikeme. Eya ho bona.” A re ho yena: “Ke tla ya.” 14 Jakobo a re ho yena: “Ke kopa o tsamaye o yo sheba hore na bana beno ba ntse ba le hantle. O shebe le hore na diphoofolo di ntse di ya jwang mme o kgutle o tlo mpolella.” Yaba o tloha kgohlong* ya Hebrone+ o ya Shikeme. 15 Ha morao monna e mong a mo fumana a ntse a hlahlathela naheng. Monna eo a re: “O batlang?” 16 Josefa a re: “Ke batlana le bana beso. Ke kopa o mpolelle hore na ba diseditse hokae.” 17 Monna eo a re: “Ha ba tloha mona ke utlwile ba re, ‘A re yeng Dothane.’” Josefa a latela bana babo mme a ba fumana Dothane.

18 Ba mo bona a le hojana mme pele a fihla ho bona, ba rera ho mo bolaya. 19 Ba buisana ba re: “Bonang raditoro yane ke eo a tla.+ 20 A re mo bolayeng, re mo lahlele ka sekoting sa metsi ebe re re phoofolo e hlaha e mo harotse, re tle re bone hore na ho tla etsahalang ka ditoro tsa hae.” 21 Ha Rubene+ a utlwa sena a leka ho mo pholosa. A re: “A re se keng ra mo bolaya.”+ 22 Rubene a re ho bona: “Le se ke la mo bolaya.+ Mo lahleleng ka sekoting sena sa metsi se lefeelleng empa le se ke la mo etsa hampe.”+ Morero wa hae e ne e le ho mo pholosa e le hore a ka mo kgutlisetsa ho ntate wa hae.

23 Ha Josefa a fihla ho bana babo, ba mo hlobodisa seaparo sa hae se selelele se kgethehileng+ 24 yaba ba mo lahlela ka sekoting sa metsi. Ho ne ho se na metsi ka sekoting.

25 Ha ba dutse fatshe ba ja, ba bona sehlopha sa Baishmaele+ ba tswang Gileade. Dikamele tsa bona di ne di jere mamina a sefate a nkgang ha monate,* balsame le makgekgephu a sefate*+ mme ba ne ba le tseleng e yang Egepeta. 26 Juda a re ho bana babo: “Ho bolaya ngwanabo rona le ho kwahela madi a hae ho tla re thusa ka eng?+ 27 A re mo rekisetseng+ Baishmaele mme re se ke ra mo etsa hampe hobane ke ngwanabo rona, ke madi* a rona.” Bana babo ba mo mamela. 28 Ha sehlopha sa Baishmaele*+ se feta, ba nyolla Josefa ka sekoting sa metsi mme ba mo rekisetsa Baishmaele ka dikotwana tse 20 tsa silevera.+ Banna bao ba isa Josefa Egepeta.

29 Ha Rubene a kgutlela sekoting sa metsi a fumana Josefa a le siyo yaba o tabola diaparo tsa hae. 30 Ha a kgutlela ho bana babo a hweletsa a re: “Ngwana o ile! Ke tlo etsa jwang?”

31 Ba nka seaparo sa Josefa se selelele mme ba hlaba phooko* yaba ba kenya seaparo seo ka hara madi. 32 Ka mora moo, ba romela seaparo seo se kgethehileng ho ntate wa bona yaba ba re: “Re fumane seaparo sena. Re kopa o shebe hore na ha se sa Josefa.”+ 33 A se sheba yaba o a hweletsa o re: “Ke seaparo sa mora wa ka! E tlameha ebe phoofolo e hlaha e mo harotse! Ka nnete Josefa o bolailwe* ke phoofolo e hlaha!” 34 Jakobo a tabola diaparo tsa hae mme a itlama ka lesela le hwashang* thekeng yaba o qeta matsatsi a mangata a utlwile bohloko ka lebaka la mora wa hae. 35 Bara le baradi bohle ba hae ba nna ba leka ho mo tshedisa empa a hana ho tshediseha a re: “Ke tla theohela Lebitleng*+ ke utlwile bohloko ka lebaka la mora wa ka!” Jakobo a nna a llela mora wa hae Josefa.

36 Baishmaele* ba rekisa Josefa Egepeta, ba mo rekisetsa Potifaro. Potifaro e ne e le molaodi wa lekgotla wa Faro+ le mookamedi wa balebedi.+

38 Juda a tloha ho bana babo mme a hloma tente ya hae haufi le monna wa Moadulame ya bitswang Hira. 2 Ke hona moo Juda a ileng a bona moradi wa Mokanana+ e mong ya bitswang Shua. A nyala ngwanana eo yaba o robala le yena. 3 Ngwanana eo a ima mme ka mora nako a ba le ngwana wa moshanyana. Juda a mo reha Ere.+ 4 A ima hape yaba o ba le mora, a mo reha Onane. 5 A ba le mora e mong hape mme a mo reha Shela. Juda o ne a le Akzibe+ ha mosadi wa hae a eba le mora enwa.

6 Ka mora nako Juda a batlela Ere letsibolo la hae mosadi mme lebitso la hae e ne e le Tamare.+ 7 Ere letsibolo la Juda o ne a etsa dintho tse sa kgahliseng Jehova, ka hoo Jehova a mo bolaya. 8 Ka lebaka leo, Juda a re ho Onane: “Robala le mosadi wa abuti wa hao mme o mo nyale e le hore o etsetse abuti wa hao bana.”+ 9 Empa Onane o ne a tseba hore bana bao e ke ke ya eba ba hae.+ Ka hoo, e ne e re ha a robala le mosadi wa abuti wa hae, ebe o ntshetsa peo ya hae fatshe e le hore a se ke a mo etsetsa bana.+ 10 Ntho eo a neng a e etsa e ne e sa thabise Jehova, ka hoo le yena Modimo a mo bolaya.+ 11 Juda a re ho ngwetsi ya hae Tamare: “Dula o le mohlolohadi ntlong ya ntate wa hao ho fihlela mora wa ka Shela a hodile.” O ne a nahana hore mora wa hae Shela a ka nna a shwa jwalo ka bara ba bang ba hae.+ Tamare a tsamaya mme a dula ntlong ya ntate wa hae.

12 Mosadi wa Juda, moradi wa Shua+ a shwa. Ha Juda a se a tshedisehile, a ya Timna+ ho batho ba kutang dinku tsa hae, a ena le motswalle wa hae wa Moadulame ya bitswang Hira.+ 13 Tamare a bolellwa hore ntate matsale wa hae o nyolohela Timna ho ya kuta dinku tsa hae. 14 A hlobola diaparo tsa hae tse neng di bontsha hore ke mohlolohadi mme a ikgurumetsa ka lesira yaba o ikwahela ka sholo.* A dula keiting ya Enaime e tseleng e yang Timna. O ne a bona hore Shela o hodile empa ntate matsale wa hae o ne a sa ba nyadise.+

15 Ha Juda a mo bona, a nka hore ke letekatse* hobane o ne a ikwahetse sefahleho. 16 A ya ho yena pela tsela mme a re: “Ke kopa o ntumelle hore ke robale le wena.” O ne a sa tsebe hore ke ngwetsi ya hae.+ Le ha ho le jwalo, Tamare a re: “O tla mpha eng e le hore o robale le nna?” 17 A re: “Ke tla nka potsanyane mohlapeng wa ka ke o romelle yona.” Empa Tamare a re: “O tla siya eng e le bopaki ba hore o tla e romela?” 18 Juda a re: “Ke o siele eng?” Tamare a re: “Ntshiele reng ya hao e tempang,+ thapo le molamu oo o o tshwereng.” A mo fa tsona yaba o robala le yena mme a mo imisa. 19 A tsamaya yaba o hlobola sholo ya hae mme o apara diaparo tsa hae tse bontshang hore ke mohlolohadi.

20 Juda a roma motswalle wa hae wa Moadulame+ hore a ise potsanyane ho mosadi eo e le hore a late dintho tseo a neng a di siile e le bopaki empa a fumana a le siyo. 21 A botsa banna ba sebaka sa habo mosadi eo a re: “Mosadi elwa wa letekatse* wa Enaime ya emang pela tsela o hokae?” Ba re: “Ha ho mohla ho kileng ha eba le letekatse mona.” 22 A kgutlela ho Juda mme a re: “Ha ke a mo fumana, ntle ho moo, banna ba sebaka seo ba itse, ‘Ha ho mohla ho kileng ha eba le letekatse mona.’” 23 Juda a re: “A ka nna a di nka dintho tseo e le hore re se ke ra tlotlollwa. Bonyane ke rometse potsanyane ena le hoja o sa mo fumana.”

24 Hoo e ka bang dikgwedi tse tharo ha morao ha thwe ho Juda: “Ngwetsi ya hao Tamare o ikentse letekatse mme o imme.” Juda a re: “Mo ntshetseng ka ntle mme a tjheswe.”+ 25 Ha a ntse a ntshetswa ka ntle a romela molaetsa ho ntate matsale wa hae a re: “Ke imisitswe ke monga dintho tsena.” A boela a re: “Ke kopa o hlahlobe hore na dintho tsena ke tsa mang, reng e tempang, thapo le molamu.”+ 26 Juda a di hlahloba mme a re: “Mosadi enwa o lokile ho mpheta hobane ha ke a mo fa mora wa ka Shela.”+ Juda ha a ka a hlola a robala le yena.

27 Ha nako ya hore a belehe e fihla, ho ile ha fumaneha hore o imme mafahla. 28 Ha a ntse a beleha, lefahla le leng la ntsha letsoho mme hanghang mmelehisi a nka kgwele e kgubedu* a le tlama letsoho a re: “Enwa o tswile pele.” 29 Empa hang ha le kgutlisa letsoho, lefahla le leng la tswa yaba mmelehisi o a hweletsa o re: “Ke hobaneng ha o tabotse mme wa hao ka tsela ee?” Ka hoo la rehwa Pereze.*+ 30 Ka mora moo lefahla le leng la tswa. Letsoho la lona le ne le fasitswe ka kgwele e kgubedu* yaba le rehwa Zera.+

39 Josefa a iswa Egepeta+ mme Moegepeta ya bitswang Potifaro,+ e leng molaodi wa lekgotla wa Faro le mookamedi wa balebedi, a mo reka ho Baishmaele.+ 2 Empa Jehova o ne a ena le Josefa.+ Ka lebaka leo, a atleha mme a behwa hore a laole ntlo ya monga hae wa Moegepeta. 3 Monga hae a bona hore Jehova o na le yena le hore Jehova o ne a atlehisa dintho tsohle tseo a di etsang.

4 Josefa a nna a ratwa ke monga hae mme ya eba mosebeletsi eo a mo tshepang. A mo beha hore a laole ntlo ya hae le dintho tsohle tsa hae. 5 Ho tloha nakong eo ka yona a mo behileng hore a laole ntlo ya hae le dintho tsohle tsa hae, Jehova a nna a hlohonolofatsa ntlo ya Moegepeta eo ka lebaka la Josefa mme Jehova a hlohonolofatsa dintho tsohle tseo Moegepeta eo a nang le tsona ka tlung le naheng.+ 6 Qetellong a tlohela dintho tsohle matsohong a Josefa mme o ne a sa tshwenyehe ka letho haese ka dijo tseo a di jang. Josefa o ne a ena le sebopeho se setle a bile a le motle.

7 Mosadi wa monga hae a kgahlwa ke yena mme a re: “Robala le nna.” 8 Empa a hana mme a re ho mosadi wa monga hae: “Mongaka ha a tshwenyehe ka letho ha ke le teng ka tlung mme o mpehile hore ke hlokomele dintho tsohle tseo a nang le tsona. 9 Ha ho e moholo ho mpheta* ka tlung ena mme ha a nkganela ka letho haese ka wena hobane o mosadi wa hae. Nka etsa bobe boo bo boholo jwang mme ka fosetsa Modimo?”+

10 Mosadi eo o ne a bua le Josefa letsatsi le letsatsi empa ha ho mohla Josefa a ileng a dumela ho robala le yena kapa ho qeta nako le yena. 11 Empa ka letsatsi le leng ha Josefa a kena ka tlung ho ya etsa mosebetsi wa hae, basebeletsi bohle ba ntlo ba ne ba le siyo ka tlung. 12 Mosadi eo a mo tshwara ka seaparo mme a re: “Robala le nna!” Empa Josefa a siya seaparo sa hae letsohong la hae mme a balehela ka ntle. 13 Hang ha mosadi eo a bona hore Josefa o siile seaparo sa hae letsohong la hae mme o balehetse ka ntle, 14 a hweletsa banna ba lelapa la hae a re ho bona: “Bonang! O re tliseditse monna enwa wa Moheberu hore a tlo re tshehisa ka batho. O tlile ho nna ho tla robala le nna empa ka hweletsa. 15 Hang ha a utlwa ke hweletsa, a siya seaparo sa hae pela ka yaba o balehela ka ntle.” 16 A beha seaparo sa Josefa pela hae ho fihlela monga hae a tla ka tlung.

17 A mo bolella se tshwanang a re: “Mohlanka wa Moheberu eo o re tliseditseng yena o tlile ho nna ho tla ntshehisa ka batho. 18 Empa hang ha ke hweletsa, o ile a siya seaparo sa hae pela ka yaba o balehela ka ntle.” 19 Monga hae a halefa hang ha a utlwa mosadi wa hae a re: “Mohlanka wa hao o nkentse tjena.” 20 Monga Josefa a mo isa teronkong moo batshwaruwa ba morena ba neng ba kwallwa teng mme a dula moo teronkong.+

21 Jehova a nna a ba le Josefa mme a ba mosa* ho yena, a etsa hore molaodi ya ka sehloohong wa teronko a mo rate.+ 22 Molaodi ya ka sehloohong wa teronko a etsa Josefa mookamedi wa batshwaruwa bohle ba ka teronkong mme ba ne ba etsa sohle seo a reng ba se etse.+ 23 Molaodi ya ka sehloohong wa teronko o ne a sa tshwenyehe ka letho le neng le le taolong ya Josefa. Jehova o ne a ena le Josefa mme Jehova a atlehisa dintho tsohle tseo a di etsang.+

40 Mookamedi wa baqhatsetsi+ ba morena wa Egepeta le mookamedi wa baapehi* ba fosetsa Faro morena wa bona. 2 A halefela basebeletsi ba hae, e leng mookamedi wa baqhatsetsi le mookamedi wa baapehi+ 3 yaba o ba kwalla teronkong e ntlong ya mookamedi wa balebedi,+ moo Josefa e neng e le motshwaruwa teng.+ 4 Mookamedi wa balebedi a laela Josefa hore a ba hlokomele+ mme ba qeta nako e itseng* ba le teronkong.

5 Moqhatsetsi le moapehi wa morena wa Egepeta, ba neng ba kwalletswe teronkong ba ile ba lora bosiu mme toro ya e mong le e mong e ne e ena le seo e se bolelang. 6 Hoseng ha letsatsi le hlahlamang ha Josefa a ba bona, ba ne ba shebahala ba nyahame. 7 A botsa basebeletsi ba Faro bao a neng a kwalletswe le bona ka tlung ya monga hae a re: “Ke hobaneng ha le bonahala le nyahame kajeno?” 8 Ba re ho yena: “Re lorile empa ha re na motho ya re hlalosetsang ditoro tsa rona.” Josefa a re ho bona: “Na ditlhaloso ha se tsa Modimo?+ Ke kopa le mpolelle tsona.”

9 Mookamedi wa baqhatsetsi a bolella Josefa toro ya hae a re: “Torong ya ka ho ne ho ena le sefate sa morara ka pela ka. 10 Sefateng sa morara ho ne ho ena le makala a mararo mme ha se hlahisa dithunthung ha hlaha morara o butswitseng. 11 Ke ne ke tshwere kopi ya Faro yaba ke nka morara ke o tlhotlela ka hara yona. Ka mora moo ka fa Faro kopi eo.” 12 Josefa a re ho yena: “Tlhaloso ya yona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo. 13 Ka mora matsatsi a mararo ho tloha hona jwale, Faro o tla o ntsha* teronkong a o kgutlisetse boemong ba hao+ mme o tla fa Faro kopi feela jwalo ka ha o ne o etsa ha o ne o le moqhatsetsi wa hae.+ 14 O nkgopole ha dintho di o tsamaela hantle. Ke kopa o nkgauhele* mme o bue ka nna ho Faro e le hore ke tle ke tswe sebakeng sena. 15 Ha e le hantle, ke kwetetswe naheng ya Baheberu+ ebile ha ke a etsa letho le etsang hore ebe ke kentswe teronkong.”*+

16 Ha mookamedi wa baapehi a utlwa hore tlhaloso ya toro e a thabisa a re ho Josefa: “Le nna ke lorile mme ho ne ho ena le dibaskete tse tharo tsa bohobe bo bosweu hodima hlooho ya ka. 17 Basketeng e ka hodimo ho ne ho ena le dintho tsa mefutafuta tse baketsweng Faro mme ho ne ho ena le dinonyana tse di jang ka hara baskete e hodima hlooho ya ka.” 18 Josefa a re: “Tlhaloso ya yona ke ena: Dibaskete tse tharo ke matsatsi a mararo. 19 Ka mora matsatsi a mararo ho tloha hona jwale, Faro o tla o kgaola hlooho a o fanyehe thupeng mme dinonyana di tla ja nama ya hao.”+

20 Letsatsi la boraro e ne e le letsatsi la tswalo+ la Faro. A etsetsa bahlanka bohle ba hae mokete mme a tlisa* mookamedi wa baqhatsetsi le mookamedi wa baapehi moo bahlanka ba hae ba ntseng ba bona. 21 A kgutlisetsa mookamedi wa baqhatsetsi mosebetsing wa hae wa ho ba moqhatsetsi mme a tswela pele ho fa Faro kopi. 22 Empa a fanyeha mookamedi wa baapehi feela jwalo ka ha Josefa a ba hlaloseditse.+ 23 Empa mookamedi wa baqhatsetsi o ile a lebala Josefa.+

41 Qetellong ya dilemo tse pedi Faro a lora+ a eme pela Noka ya Nile. 2 Nokeng eo ho ne ho nyoloha dikgomo tse supileng tse ntle tse nonneng mme di ne di fula pela noka.+ 3 Ho ne ho ena le dikgomo tse ding tse supileng tse mpe tse otileng, tse nyolohang Nokeng ya Nile ka mora tsona mme tsa ema pela dikgomo tse nonneng lebopong la noka. 4 Dikgomo tse mpe tse otileng tsa ja dikgomo tse supileng tse ntle tse nonneng. Ka mora moo Faro a tsoha.

5 A robala hape mme a ba le toro ya bobedi. Ho ne ho ena le diqwapi tse supileng tsa koro* lehlakeng le le leng, di le ntle ebile di le tenya.+ 6 Ka mora tsona ha hlaha diqwapi tse supileng tsa koro, tse tshesaane ebile di tjhesitswe ke moya wa botjhabela. 7 Diqwapi tse tshesaane tsa koro tsa kwenya diqwapi tse supileng tse ntle tse tenya. Faro a tsoha mme a hlokomela hore o ne a ntse a lora.

8 Empa hoseng a tshwenyeha. A bitsa baprista bohle ba Egepeta ba sebedisang boselamose le banna bohle ba bohlale. Faro a ba bolella ditoro tsa hae empa ho ne ho se na ya kgonang ho mo hlalosetsa tsona.

9 Mookamedi wa baqhatsetsi a bua le Faro a re: “Kajeno ke ipolela dibe. 10 Faro o ne a halefetse bahlanka ba hae, nna le mookamedi wa baapehi. A re kenya teronkong ya ntlo ya mookamedi wa balebedi.+ 11 Ka bobedi ba rona ra lora bosiu. Ditoro tsa rona di ne di ena le seo di se bolelang.+ 12 Re ne re ena le mohlankana wa Moheberu e leng mosebeletsi wa mookamedi wa balebedi.+ Re ile ra mo bolella ditoro tsa rona+ yaba o re hlalosetsa tsona. 13 Ho ile ha etsahala feela jwalo ka ha a ne a re hlaloseditse. Ke ile ka kgutlisetswa boemong ba ka empa mookamedi wa baapehi o ile a fanyehwa.”+

14 Faro a re Josefa a bitswe+ yaba ka potlako ba mo lata teronkong.*+ A kuta moriri le ditedu mme a apara diaparo tse ding yaba o ya ho Faro. 15 Faro a re ho Josefa: “Ke lorile toro empa ha ho na motho ya kgonang ho e hlalosa. Ke utlwile ho thwe ha o utlwile toro o kgona ho e hlalosa.”+ 16 Josefa a re ho Faro: “Modimo ke yena ya tla o hlalosetsa toro ya hao eseng nna.”+

17 Faro a re ho Josefa: “Torong ya ka ke ne ke eme lebopong la Noka ya Nile. 18 Nokeng eo, ho ne ho nyoloha dikgomo tse supileng tse ntle tse nonneng yaba di fula Nokeng ya Nile.+ 19 Ka mora tsona ho ne ho nyoloha dikgomo tse ding tse supileng, tse mpe tse otileng. Ha ke eso ka ke bona dikgomo tse mpe jwalo ka tsona naheng yohle ya Egepeta. 20 Dikgomo tse mpe tse otileng tsa ja dikgomo tse supileng tse nonneng. 21 Empa ha di se di di jele, ho ne ho sa bonahale hore di di jele hobane di ne di ntse di le mpe jwalo ka pele yaba ke a phaphama.

22 Ka mora moo, torong ya ka ka bona diqwapi tse supileng tsa koro di hlaha lehlakeng le le leng, di le ntle ebile di le tenya.+ 23 Ka mora tsona ha hlaha diqwapi tsa koro tse supileng tse omeletseng, tse tshesaane ebile di tjhesitswe ke moya wa botjhabela. 24 Diqwapi tsa koro tse tshesaane tsa kwenya tse supileng tse tenya. Ka bolella baprista ba sebedisang boselamose toro ya ka+ empa ha ho na ya ileng a kgona ho ntlhalosetsa yona.”+

25 Josefa a re ho Faro: “Ditoro tsa Faro di bolela ntho e le nngwe. Modimo wa nnete o boleletse Faro seo a tla se etsa.+ 26 Dikgomo tse supileng tse ntle ke dilemo tse supileng. Diqwapi tse supileng tsa koro tse ntle le tsona ke dilemo tse supileng. Ditoro tsena di bolela ntho e le nngwe. 27 Dikgomo tse supileng tse mpe tse otileng, tse nyolohileng ka mora tsona ke dilemo tse supileng. Diqwapi tse supileng tsa koro tse se nang letho, tse tjhesitsweng ke moya wa botjhabela, ke dilemo tse supileng tsa tlala. 28 Ena ke ntho eo ke e bolelletseng Faro: Modimo wa nnete o bontshitse Faro seo a tla se etsa.

29 Ho tla ba le dilemo tse supileng tsa kgora naheng yohle ya Egepeta. 30 Empa ka mora tsona ho tla latela dilemo tse supileng tsa tlala, kgora yohle ya naha ya Egepeta e tla lebalwa. Ho tla ba le tlala e kgolo naheng.+ 31 Kgora e kileng ya eba teng naheng e ke ke ya hopolwa ka lebaka la tlala e tla latela hobane e tla ba kgolo haholo. 32 Faro o bile le toro ena habedi hobane Modimo wa nnete o entse qeto e tiileng ya hore o tla etsa dintho tsena tsohle mme haufinyane o tla phethahatsa toro ena.

33 Faro a ke a batle monna ya bohlale le ya nang le kutlwisiso mme a mo behe hore a okamele naha ya Egepeta. 34 Faro a ke a kgethe balebedi naheng mme a nke mokotla o le mong ho e mehlano ya dihlahiswa tsa naha ya Egepeta nakong ya dilemo tse supileng tsa kgora.+ 35 Ba ke ba bokelle dijo tsohle nakong ya dilemo tsena tsa kgora tse tlang mme ba bokelle koro ho ya ka taelo ya Faro, ba di behe metseng mme ba di sireletse.+ 36 Dijo tseo di bolokelwe dilemo tse supileng tsa tlala e tla ba teng naheng ya Egepeta e le hore naha e se ke ya bolawa ke tlala.”+

37 Faro le bahlanka bohle ba hae ba thabela keletso ena. 38 Faro a re ho bahlanka ba hae: “Na ho na le monna e mong ya jwalo ka enwa, eo moya o halalelang wa Modimo o leng ho yena?” 39 Faro a re ho Josefa: “Ka ha Modimo o o tsebisitse dintho tsena tsohle, ha ho motho ya bohlale le ya nang le kutlwisiso jwalo ka wena. 40 O tla okamela ntlo ya ka mme batho bohle ba ka ba tla o mamela.+ Ke nna feela ya tla ba moholo ho wena hobane ke morena.” 41 Faro a re ho Josefa: “Ke o beha hore o laole naha yohle ya Egepeta.”+ 42 Faro a ntsha reng e tempang monwaneng* wa hae a e kenya monwaneng* wa Josefa. A mo apesa diaparo tsa line ya boleng bo botle yaba o mo rwesa sefaha sa kgauta molaleng. 43 A mo palamisa kariking ya hae ya bobedi e hlomphehang mme batho ba ne ba hweletsa ka pela hae ba re: “Avrekh!”* A mo beha hore a laole naha yohle ya Egepeta.

44 Faro a re ho Josefa: “Le hoja ke le Faro, ha ho motho ya tla etsa letho* naheng yohle ya Egepeta ntle ho tumello ya hao.”+ 45 Ka mora moo, Faro a reha Josefa Zafnathe-panea mme a mo fa Asnathe+ moradi wa Potifera moprista wa One* hore e be mosadi wa hae. Josefa a hlokomela naha ya Egepeta.+ 46 Josefa o ne a le dilemo di 30+ ha a qala ho sebeletsa Faro morena wa Egepeta.

Josefa a tloha ka pela Faro mme a tsamaya naha yohle ya Egepeta. 47 Nakong ya dilemo tse supileng tsa kgora, naha e ile ya eba le dijo tse ngata. 48 Josefa a bokella dijo tsohle tsa dilemo tseo tse supileng, tse neng di le teng naheng ya Egepeta mme a di bokella metseng. Motseng o mong le o mong o ne a bokella dijo tse tswang masimong. 49 Josefa a bokella dijo* tse ngata jwalo ka lehlabathe la lewatle, ho fihlela ba tlohela ho di bala hobane di ne di se di le ngata haholo.

50 Pele selemo sa tlala se fihla, Josefa a ba le bara ba babedi,+ bao a bileng le bona le Asnathe moradi wa Potifera moprista wa One.* 51 Josefa a reha mora wa hae wa letsibolo Manase*+ hobane o ile a re: “Modimo o ntebaditse mathata ohle a ka le ntlo ya Ntate.” 52 Mora wa bobedi a mo reha Efraime*+ hobane o ile a re: “Modimo o mphile bana naheng ya matshwenyeho a ka.”+

53 Dilemo tse supileng tsa kgora tsa fela naheng ya Egepeta+ 54 yaba ho latela dilemo tse supileng tsa tlala jwalo ka ha Josefa a boletse.+ Tlala ya eba teng dinaheng tsohle empa naheng ya Egepeta ho ne ho ena le dijo.*+ 55 Qetellong naha ya Egepeta le yona ya aparelwa ke tlala mme batho ba qala ho llela dijo ho Faro.+ A re ho Baegepeta bohle: “Eyang ho Josefa mme le etse sohle seo a le bolellang sona.”+ 56 Tlala ya tswela pele ho ba teng lefatsheng lohle.+ Josefa a ntsha koro eo a e bokelletseng mme a e rekisetsa Baegepeta+ ka ha tlala e ne e le kgolo naheng ya Egepeta. 57 Batho ba lefatshe lohle ba tla Egepeta ho tla reka dijo ho Josefa hobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng lohle.+

42 Ha Jakobo a utlwa hore ho na le koro* Egepeta,+ a re ho bara ba hae: “Ke hobaneng ha le ntse le shebana feela?” 2 A boela a re: “Ke utlwile hore ho na le koro Egepeta. Tsamayang le yo e reka e le hore re se ke ra shwa ke tlala.”+ 3 Bana ba bo Josefa ba leshome+ ba ya Egepeta ho ya reka koro. 4 Empa Jakobo a re Benjamine+ ngwanabo Josefa a se ke a tsamaya le bona hobane o ile a re: “A ka tloha a hlahelwa ke kotsi ebe o a shwa.”+

5 Bara ba Iseraele ba tla le batho ba bang ba neng ba tlo reka dijo hobane le Kanana ho ne ho ena le tlala.+ 6 Josefa e ne e le yena ya busang naha+ hape e ne e le yena ya rekisetsang lefatshe lohle koro.+ Bana babo ba tla mme ba kgumama* ka pela hae.+ 7 Hanghang ha Josefa a ba bona, a tseba hore ke bana babo empa a etsa hore ba se ke ba bona hore ke yena.+ A ba buisa hampe a re: “Le tswa hokae?” Ba re: “Re tswa naheng ya Kanana re tlilo reka dijo.”+

8 Josefa a bona hore ke bana babo empa bona ba ne ba sa mo tsebe. 9 Josefa a hopola ditoro tseo a ileng a di lora ka bona+ yaba o re ho bona: “Le dihlwela! Le tlo sheba hore na naha ya rona e fokola hokae!” 10 Ba re ho yena: “Tjhe, morena, re tlo reka dijo. 11 Kaofela re bana ba motho. Re banna ba tshepahalang. Ha re dihlwela.” 12 Empa a re ho bona: “Ha le bue nnete! Le tlo sheba hore na naha ya rona e fokola hokae!” 13 Ba re: “Re bana ba motho+ ba 12+ naheng ya Kanana. E monyenyane o na le Ntate+ mme e mong yena ha a sa le yo.”+

14 Empa Josefa a re ho bona: “Le dihlwela jwalo ka ha ke buile! 15 Ke tla bona hore na le bua nnete: Ke hlapanya ka Faro hore le ke ke la tloha mona ho fihlela ngwanabo lona e monyenyane a tla.+ 16 Romang e mong wa lona hore a tle le ngwanabo lona ha le ntse le tshwerwe e le hore ho tle ho bonahale hore na le bua nnete. Haeba le sa tle le yena, ke hlapanya ka Faro hore le dihlwela.” 17 A ba kwalla ka matsatsi a mararo.

18 Letsatsing la boraro Josefa a re ho bona: “Etsang tjena e le hore le phele hobane ke tshaba Modimo. 19 Haeba le banna ba tshepahalang, dumellang a le mong wa bana ba bo lona a nne a dule a kwalletswe ka tlung ya botlamuwa empa lona ba bang le ka tsamaya mme le nke koro e le hore le fokotse tlala e matlong a lona.+ 20 Le ntlisetse ngwanabo lona e monyenyane e le hore ho tle ho bonahale hore le bua nnete mme le ke ke la shwa.” Ba dumela ho etsa jwalo.

21 Ba buisana ba re: “Re ahlolwa ka lebaka la ngwanabo rona+ hobane re bone ka moo a neng a utlwile bohloko ka teng ha a ne a kopa hore re mo qenehele empa ha re a ka ra mamela. Ke ka lebaka leo re hlahetsweng ke tlokotsi ena.” 22 Rubene a re: “Na ha ke a re le se ke la etsa ngwana hampe? Empa ha le a ka la mmamela.+ Jwale re ikarabella ho Modimo ka seo re se entseng.”*+ 23 Empa ba ne ba sa tsebe hore Josefa o a ba utlwa ka ha ho ne ho eba le mofetoledi ha a bua le bona. 24 A ba furalla mme a lla.+ Ha a kgutla a tlo bua le bona hape, a nka Simeone+ yaba o mo tlama ba ntse ba shebile.+ 25 Josefa a re ho tlatswe koro ka mekotleng ya bona le hore ba kgutlisetswe tjhelete ya bona. Hape a re ba fuwe mofaho bakeng sa tsela. Ba ile ba fela ba etsa jwalo.

26 Ba palamisa mekotla ya dijo* ditonking tsa bona mme ba tsamaya. 27 Ha ba le sebakeng sa ho robala, e mong wa bona a bula mokotla wa hae hore a fe tonki ya hae furu mme a bona tjhelete ya hae ka mokotleng. 28 A re ho bana babo: “Tjhelete ya ka e kgutlisitswe, ke ena ka mokotleng.” Ba tshoha mme ba shebana ba thothomela ba re: “Modimo o re ahlolelang?”

29 Ha ba fihla ho ntate wa bona Jakobo naheng ya Kanana, ba mo bolella dintho tsohle tse ba hlahetseng, ba re: 30 “Morena wa naha eo o buile le rona hampe+ a ba a re qosa ka hore re dihlwela. 31 Empa re itse ho yena, ‘Re banna ba tshepahalang. Ha re dihlwela.+ 32 Re bara ba motho ba 12,+ ntate wa rona o mong. E mong ha a sa le yo+ mme hona jwale e monyenyane o na le Ntate naheng ya Kanana.’+ 33 Empa morena wa naha o itse ho rona, ‘Hore ke tle ke tsebe hore le a tshepahala, siyang e mong wa bana ba bo lona.+ Le nke ho hong e le hore ho be le dijo matlong a lona mme le tsamaye.+ 34 Le ntlisetse ngwanabo lona e monyenyane e le hore ke tle ke tsebe hore ha le dihlwela empa le banna ba tshepahalang. Ka mora moo, ke tla kgutlisa ngwanabo lona mme le reke dintho tseo le di hlokang naheng ena.’”

35 Ha ba ntse ba ntsha dintho ka mekotleng ya bona, kaofela ba fumana ho ena le mokotla wa tjhelete. Ha ba e bona le ntate wa bona a e bona, ba tshoha. 36 Ntate wa bona Jakobo a re ho bona ka pelo e bohloko: “Le nkamohile bana.+ Josefa ha a sa le yo,+ Simeone ha a sa le yo,+ jwale le tlo nka le Benjamine! Ke hobaneng ha ke hlahelwa ke dintho tsee?” 37 Empa Rubene a re ho ntate wa hae: “O bolaye bara ba ka ba babedi haeba ke sa mo kgutlisetse ho wena.+ Ke tla mo hlokomela mme ke mo kgutlisetse ho wena.”+ 38 Jakobo a re: “Mora wa ka a ke ke a tsamaya le lona hobane abuti wa hae o shwele mme o setse a le mong.+ Haeba a ka hlahelwa ke kotsi tseleng ebe o a shwa, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Lebitleng*+ ka pelo e bohloko.”+

43 Ho ne ho ena le tlala e kgolo naheng.+ 2 Ha dijo* tseo ba tlileng le tsona Egepeta di se di fedile,+ ntate wa bona a re ho bona: “Kgutlelang Egepeta mme le re rekele dijonyana.” 3 Juda a re ho yena: “Monna eo o itse re se ke ra kgutlela ho yena ntle le haeba re ka tla le Benjamine.+ 4 Haeba o re dumella hore re tsamaye le yena, re tla yo o rekela dijo. 5 Empa haeba o sa re dumelle ho tsamaya le yena, re ke ke ra ya hobane monna eo o itse ho rona, ‘Le se ke la kgutlela ho nna ntle le haeba le tla le ngwanabo lona.’”+ 6 Iseraele+ a re: “Ke hobaneng ha le ntliseditse mathata aa ka ho bolella monna eo hore le na le ngwanabo lona e mong?” 7 Ba re: “Monna eo o botsitse ka rona le ka ba leloko a re, ‘Na ntate wa lona o ntse a phela? Na le na le ngwanabo lona e mong?’ Re ile ra mo bolella nnete.+ Re ne re sa tsebe hore o tla re, ‘Tloong le ngwanabo lona.’”+

8 Juda a phehella ntate wa hae Iseraele a re: “Ntumelle hore ke tsamaye le Benjamine+ e le hore rona, wena le bana ba rona+ re se ke ra shwa.+ 9 Ke tla etsa bonnete ba hore o sireletsehile.+ Ke nna ya tla ikarabella ka yena. Haeba ke hloleha ho mo kgutlisetsa ho wena, ke tla ba molato ka ho sa feleng. 10 Empa haeba re ne re sa dieha, hona jwale re ka be re kgutletse moo ka makgetlo a mabedi.”

11 Ntate wa bona Iseraele a re: “Tshelang dihlahiswa tsa boleng bo botle ka mekotleng ya lona mme le di ise ho monna eo e le mpho:+ balsame e nyenyane,+ mahe a dinotshi a manyenyane, labdaname, makgapetla a nang le boroku* ba sefate,+ dinate tsa pistatjhio* le dialmonde. 12 Kgutlisang tjhelete e ileng ya kenngwa ka mekotleng ya lona+ mme le nke le e nngwe e lekanang le yona. Mohlomong e ne e le phoso. 13 Tsamayang le ngwanabo lona mme le kgutlele ho monna eo. 14 E se eka Modimo ya Matla Ohle a ka etsa hore monna eo a le hauhele e le hore a le lokollele Simeone le Benjamine. Empa haeba ke tla amohuwa bana ba ka,+ ho lokile.”

15 Banna bao ba nka mpho ena mme ba tsamaya le Benjamine ba nkile tjhelete e neng e le ka mekotleng ya bona le e nngwe e lekanang le yona. Ba ya Egepeta mme ba boela ba ema ka pela Josefa.+ 16 Ha Josefa a bona ba ena le Benjamine, hanghang a re ho monna ya okametseng ntlo ya hae: “Isa banna bana ka tlung, o hlabe diphoofolo mme o phehe dijo hobane ba tla ja le nna motshehare.” 17 Ka potlako monna eo a etsa seo Josefa a se boletseng+ yaba o ba isa ntlong ya Josefa. 18 Empa banna bao ba tshoha ha ba iswa ntlong ya Josefa ba re: “Re mona ka lebaka la tjhelete e ileng ya kgutlisetswa ka mekotleng ya rona ha re ne re le mona ka lekgetlo la pele. Ba tla re hlasela, ba re etse makgoba mme ba nke le ditonki tsa rona.”+

19 Ba atamela monna ya okametseng ntlo ya Josefa yaba ba bua le yena ba eme monyakong wa ntlo. 20 Ba re: “Re tshwarele morena. Re ile ra tla mona ka lekgetlo la pele ha re tlo reka dijo.+ 21 Empa ha re fihla sebakeng sa ho robala mme re bula mekotla ya rona, re ile ra hlokomela hore kaofela re ne re ena le tjhelete e felletseng ka mekotleng ya rona.+ Ke ena re e kgutlisitse 22 hobane ha re tsebe hore na ke mang ya e kentseng ka mekotleng ya rona.+ Re tlile le tjhelete e nngwe ho tla reka dijo.” 23 A re: “Ho lokile. Le se ke la tshoha. Modimo wa lona le Modimo wa ntate wa lona ke yena ya kentseng tjhelete* eo ka mekotleng ya lona. Ke a tseba hore le patetse.” A tlisa Simeone ho bona.+

24 Monna eo a ba tlisa ka tlung ya Josefa mme a ba fa metsi hore ba hlatswe maoto a bona, a ba a fa ditonki tsa bona furu. 25 Ba ne ba utlwile hore Josefa o a tla motshehare le hore o tlo ja le bona moo.+ Ba mo lokisetsa mpho.+ 26 Ha Josefa a kena ka tlung, ba mo tlisetsa mpho ya bona mme ba kgumama* ka pela hae.+ 27 Ka mora moo, a ba botsa hore na ba ntse ba ya hantle yaba o re: “Ntate wa lona ya seng a hodile eo le buileng ka yena o ntse a ya jwang? Na o ntse a phela?”+ 28 Ba re: “Morena, ntate wa rona o ntse a phela ebile o ntse a ya hantle.” Ba kgumama ka pela hae.+

29 Ha a bona Benjamine ngwanabo, mora wa mme wa hae+ a re: “Na enwa ke yena ngwanabo lona e monyenyane eo le mpoleletseng ka yena?”+ A re ho Benjamine: “E se eka Modimo a ka o hauhela mora wa ka.” 30 Josefa a tswa a potlakile hobane maikutlo a hae a ne a phahame ka lebaka la ngwanabo. A ya kamoreng e nngwe mme a llela teng.+ 31 Ha maikutlo a hae a se a kokobetse, a hlapa sefahleho mme a kgutla yaba o re: “Tshelang dijo.” 32 Ba mo ngwathela a le mong le bona ba ingwathela ba le bang, le Baegepeta ba nang le yena ba ja ba le bang hobane Baegepeta ba ne ba nka e le ntho e mpe ka ho fetisisa ho ja le Baheberu.+

33 Bana babo ba ne ba dutse ka pela hae, ho tloha ka e moholo ho ya ka tokelo ya hae ya letsibolo+ ho fihlela ho e monyenyane mme ba nna ba shebana ka ho makala. 34 A nna a ba neheletsa dijo tse tswang tafoleng ya hae a di fetisetsa tafoleng ya bona empa a fa Benjamine dijo tse fetang tsa ba bang ka makgetlo a mahlano.+ Ba keteka le ho nwa le yena ho fihlela ba kgotsofala.

44 Josefa a re ho monna ya neng a okametse ntlo ya hae: “Tlatsa mekotla ya banna bao ka dijo tse ngata tseo ba ka kgonang ho di jara mme o kenye ditjhelete tsa bona ka mekotleng.+ 2 Empa o kenye kopi ya ka ya silevera ka mokotleng wa e monyenyane le tjhelete ya hae ya koro.”* A etsa seo Josefa a mo laetseng sona.

3 Hoseng ha ho se ho kganya, banna bao ba tsamaya le ditonki tsa bona. 4 Ba ne ba eso ye hole le motse ha Josefa a re ho monna ya okametseng ntlo ya hae: “Lelekisa banna bao. Ha o fihla ho bona o re, ‘Ke hobaneng ha le kgutlisetsa botle ka bobe? 5 Ke hobaneng ha le nkile kopi eo mongaka a nwellang ho yona, eo a e sebedisetsang ho hlalosa bokamoso? Le entse ntho e mpe haholo.’”

6 A fihla ho bona mme a ba bolella mantswe ao. 7 Empa ba re ho yena: “Ke hobaneng ha morena a bua mantswe aa? Bahlanka ba hao ba ke ke ba etsa ntho e jwalo. 8 Tjhelete eo re e fumaneng ka mekotleng ya rona re e kgutliseditse ho wena ha re tswa naheng ya Kanana.+ Ke jwang re ka utswang silevera kapa kgauta ka tlung ya monga hao? 9 Haeba e fumanwa ho e mong wa rona, a ke a bolawe mme le rona re tla ba makgoba a hao.” 10 Monna eo a re: “Ho lokile. Motho eo kopi e tla fumanwa ho yena e tla ba lekgoba la ka empa lona ba bang le tla be le se na molato.” 11 Kaofela ba theola mekotla mme ba e bula. 12 A sheba ka mekotleng ya bona. A qala ka wa e moholo mme a qetella ka wa e monyenyane. Qetellong kopi ya fumanwa ka mokotleng wa Benjamine.+

13 Ba tabola diaparo tsa bona mme ba palamisa mekotla ya bona ditonking yaba ba kgutlela motseng. 14 Juda+ le bana babo ba fumana Josefa a ntse a le teng ka tlung yaba ba kgumama* ka pela hae.+ 15 Josefa a re ho bona: “Le entseng? Na le ne le sa tsebe hore motho ya tshwanang le nna a ka hlalosa bokamoso?”+ 16 Juda a re: “Re ka reng ho monga rona? Re ka paka jwang hore ha re na molato? Modimo wa nnete o fumane phoso ya rona.+ Kaofela ha rona re makgoba a hao.” 17 Josefa a re: “Nke ke ka etsa ntho e jwalo! Motho eo kopi e fumanweng ho yena ke yena eo e tla ba lekgoba la ka.+ Ha e le lona ba bang, eyang ho ntate wa lona ka kgotso.”

18 Juda a mo atamela mme a re: “Ke a o kopa hle mongaka, ere ke bue le wena mme o se ke wa nkgalefela hobane o na le matla a tshwanang le a Faro.+ 19 O ile wa re botsa wa re, ‘Na le na le ntate kapa ngwanabo lona?’ 20 Ra re, ‘Re na le ntate ya hodileng le ngwanabo rona e monyenyane+ ya hlahileng Ntate a se a tsofetse empa ngwanabo o shwele.+ Ka hoo, ke yena feela mora ya setseng wa mme wa hae+ mme Ntate ha a batle letho ka yena.’ 21 Ka mora moo wa re ho rona, ‘Mo tliseng ho nna e le hore ke tle ke mo bone.’+ 22 Empa ra re ho wena, ‘Ngwanabo rona e monyenyane ha a kgone ho siya Ntate. Ha a ka mo siya, Ntate o tla shwa.’+ 23 O ile wa re, ‘Le se ke la kgutlela ho nna ntle le haeba le tla le ngwanabo lona.’+

24 Ra ya ho ntate wa rona yaba re mo bolella seo o se buileng. 25 Ntate o ile a re, ‘Kgutlang, le yo re rekela dijonyana.’+ 26 Empa ra re, ‘Ha re kgone ho ya. Re tla ya haeba ngwanabo rona e monyenyane a ena le rona hobane re ke ke ra kgutlela ho monna eo haeba a le siyo.’+ 27 Ntate wa rona a re, ‘Le tseba hantle hore mosadi wa ka o ntswalletse bara ba babedi feela.+ 28 Empa e mong o ntshiile mme ke ile ka re: “E tlameha ebe o bolailwe* ke phoofolo e hlaha”+ mme ha ke eso mo bone ho fihlela hona jwale. 29 Haeba le ka nkamoha le enwa mme a hlahelwa ke kotsi tseleng ebe o a shwa, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Lebitleng*+ ka pelo e bohloko.’+

30 Ntate o rata ngwaneso e monyenyane haholo. Haeba ke kgutlela ho yena a le siyo, 31 hang feela ha a bona a le siyo o tla shwa mme re tla theolela moriri wa ntate wa rona o moputswa Lebitleng* ka pelo e bohloko. 32 Ke ikanne ho ntate wa ka hore haeba ke hloleha ho kgutlisetsa ngwanabo rona e monyenyane ho yena, ke tla be ke mo foseditse.+ 33 Ke kopa o ntumelle hore ke sale, ke be lekgoba la hao eseng ngwaneso e monyenyane e le hore a ka kgutla le bana babo. 34 Nka kgutlela ho ntate wa ka jwang ngwaneso e monyenyane a le siyo? Ha ke batle ho bona Ntate a utlwile bohloko.”

45 Josefa o ne a ena le basebeletsi bohle ba hae ha a hloleha ho itshwara.+ A hweletsa a re: “Ereng batho kaofela ba tswe!” Ha Josefa a itsebisa bana babo, batho bohle ba ne ba se ba tswile.+

2 A lla haholo hoo Baegepeta le ba lelapa la Faro ba ileng ba utlwa. 3 Josefa a re ho bana babo: “Ke nna Josefa. Na Ntate o ntse a phela?” Empa bana babo ba ne ba sa kgone ho mo araba hobane ba ne ba maketse. 4 Josefa a re ho bona: “Ke kopa le atamele.” Yaba ba a atamela.

A re: “Ke nna ngwanabo lona Josefa eo le mo rekisitseng Egepeta.+ 5 Empa le se ke la utlwa bohloko mme le se ke la qabana hobane le ile la nthekisa. Modimo o nthometse mona e le hore a re boloke re phela.+ 6 Sena ke selemo sa bobedi sa tlala+ mme ho sa ntse ho ena le dilemo tse ding tse hlano tseo ka tsona ho ke keng ha lengwa kapa ha kotulwa. 7 Empa Modimo o nthometse mona e le hore a le bolokele ditloholo*+ le hore a le boloke le phela ka ho le pholosa ka tsela e makatsang. 8 Ha se lona ba nthometseng mona empa ke Modimo wa nnete e le hore a nketse moeletsi ya ka sehloohong* wa Faro le morena wa lelapa lohle la hae le molaodi naheng yohle ya Egepeta.+

9 Kgutlelang ho Ntate ka potlako le re ho yena, ‘Mora wa hao Josefa o itse: “Modimo o mpehile hore ke be morena wa Egepeta yohle.+ Tloo ho nna. O se ke wa dieha.+ 10 O dule naheng ya Goshene+ moo o tla ba haufi le nna, wena, bara ba hao, ditloholo tsa hao, diphoofolo tsohle tsa hao le dintho tsohle tseo o nang le tsona. 11 Ke tla o fa dijo o le moo ka ha ho sa ntse ho ena le dilemo tse ding tse hlano tsa tlala.+ Ho seng jwalo, wena le ba lelapa la hao le tla futsaneha mme le lahlehelwe ke dintho tsohle.”’ 12 Lona le ngwaneso Benjamine le a bona hore ka nnete ke nna ya buang le lona.+ 13 Le bolelle Ntate ka matla ao ke nang le ona Egepeta le ka dintho tsohle tseo le di boneng. Potlakang mme le tlise Ntate mona.”

14 A haka* Benjamine yaba o a lla. Benjamine le yena a mo haka a ntse a lla.+ 15 A suna* bana babo kaofela a ba a ba haka a ntse a lla. Ka mora moo, bana babo ba bua le yena.

16 Ditaba tse reng bana ba bo Josefa ba teng di ile tsa fihla le ntlong ya Faro. Faro le bahlanka ba hae ba ne ba thabile ha ba di utlwa. 17 Faro a re ho Josefa: “Ere bana beno ba palamise dithoto tsa bona ditonking* mme ba ye naheng ya Kanana, 18 ba tle le ntate wa bona le malapa a bona. Ke tla ba fa dintho tse ntle tsa naha ya Egepeta mme ba tla dula karolong e ntle* ya naha.+ 19 Hape o re+ ba nke dikariki+ naheng ya Egepeta ba late bana ba bona le basadi ba bona, ba palamise ntate wa bona ho e nngwe ya tsona mme ba tle mona.+ 20 Ba se ke ba tshwenyeha ka dintho tseo ba nang le tsona+ hobane karolo e ntle ya naha yohle ya Egepeta ke ya bona.”

21 Bara ba Iseraele ba etsa seo. Josefa a ba fa dikariki jwalo ka ha Faro a laetse mme a ba fa le mofaho wa tsela. 22 Kaofela a ba fa diaparo tse ntjha empa a fa Benjamine diaparo tse hlano tse ntjha le dikotwana tsa silevera tse 300.+ 23 A romella ntate wa hae ditonki tse leshome tse jereng dintho tse ntle tsa Egepeta, ditonki tse tshehadi tse leshome tse jereng koro,* bohobe le dijo tse ding tseo ntate wa hae a tla di ja tseleng. 24 A re bana babo ba tsamaye yaba o re ho bona: “Le se ke la qabana ha le le tseleng.”+

25 Ba tloha Egepeta mme ba ya naheng ya Kanana ho ntate wa bona Jakobo. 26 Ba re ho yena: “Josefa o ntse a phela ebile ke yena ya okametseng naha yohle ya Egepeta.”+ Jakobo o ne a sa tsebe hore na a reng hobane o ne a sa ba kgolwe.+ 27 Ha ba ntse ba mo bolella hore na Josefa o itseng mme a bona le dikariki tseo a di rometseng ho tla mo lata, Jakobo a kgothala. 28 Iseraele a hweletsa a re: “Jwale ke a dumela hore Josefa mora wa ka o ntse a phela! Ke tlameha ho tsamaya ke yo mo bona pele ke shwa!”+

46 Iseraele a tsamaya le dintho tsohle tseo a neng a ena le tsona.* Ha a fihla Beersheba+ a etsetsa Modimo wa ntate wa hae Isaka mahlabelo.+ 2 Bosiu Modimo a bua le Iseraele ponong a re: “Jakobo, Jakobo!” Iseraele a re: “Ke nna enwa!” 3 Modimo a re: “Ke nna Modimo wa nnete, Modimo wa ntate wa hao.+ O se ke wa tshaba ho ya Egepeta hobane ke tla o etsa setjhaba se seholo moo.+ 4 Ke tla ya le wena Egepeta mme ke tla boela ke o late teng.+ Josefa ke yena ya tla kwala mahlo a hao ha o shwa.”*+

5 Jakobo a tloha Beersheba mme bara ba Iseraele ba palamisa ntate wa bona, bana le basadi ba bona dikariking tseo Faro a di rometseng. 6 Ba nka diphoofolo tsa bona le dintho tseo ba di bokelletseng naheng ya Kanana. Jakobo le bana ba hae bohle ba fihla Egepeta. 7 O fihlile Egepeta le lelapa lohle la hae, e leng bara, baradi le ditloholo tsa hae.

8 Ana ke mabitso a bara ba Iseraele ba ileng ba tla Egepeta:+ Letsibolo la Jakobo e ne e le Rubene.+

9 Bara ba Rubene e ne e le Hanoke, Palu, Hezrone le Karmi.+

10 Bara ba Simeone+ e ne e le Jemuele, Jamine, Ohade, Jakine, Zohare le Shaule+ mora wa mosadi wa Mokanana.

11 Bara ba Levi+ e ne e le Gershone, Kohathe le Merari.+

12 Bara ba Juda+ e ne e le Ere, Onane, Shela,+ Pereze+ le Zera.+ Empa Ere le Onane ba ile ba shwella naheng ya Kanana.+

Bara ba Pereze e ne e le Hezrone le Hamule.+

13 Bara ba Isakare e ne e le Thola, Puva, Jobe le Shimrone.+

14 Bara ba Zabulone+ e ne e le Serede, Elone le Jaliele.+

15 Bana ke bara ba Lea, bao a ba tswalletseng Jakobo a le Padane-arame. O ile a mo tswalla le moradi ya bitswang Dina.+ Bara le baradi bohle ba hae ba ne ba le 33.

16 Bara ba Gade+ e ne e le Zifione, Hagi, Shuni, Ezbone, Eri, Arodi le Areli.+

17 Bara ba Ashere+ e ne e le Imna, Ishva, Ishvi le Beria mme kgaitsedi ya bona e le Sera.

Bara ba Beria e ne e le Hebere le Malkiele.+

18 Bana ke bara ba Zilpa,+ eo Labane a ileng a mo fa moradi wa hae Lea. Kaofela bana bao Zilpa a ba tswalletseng Jakobo ba ne ba le 16.

19 Bara ba Ragele mosadi wa Jakobo e ne e le Josefa+ le Benjamine.+

20 Asnathe+ moradi wa Potifera moprista wa One* o ile a tswalla Josefa bara, e leng Manase+ le Efraime+ naheng ya Egepeta.

21 Bara ba Benjamine+ e ne e le Bela, Bekere, Ashbele, Gera,+ Naamane, Ehi, Roshe, Mupime, Hupime+ le Arede.+

22 Bana ke bara ba Ragele bao a ba tswalletseng Jakobo. Kaofela ba ne ba le 14.

23 Mora* wa Dane+ e ne e le Hushime.+

24 Bara ba Nefthali+ e ne e le Jaziele, Guni, Jezere le Shileme.+

25 Bana ke bara ba Bilha, eo Labane a ileng a mo fa moradi wa hae Ragele. Bana bohle bao a ileng a ba tswalla Jakobo ba ne ba supile.

26 Bohle ba tswang ho Jakobo ba ileng ba ya Egepeta le yena, ho sa balwe dingwetsi tsa Jakobo, ba ne ba le 66.+ 27 Bara ba Josefa bao a ileng a ba tswallwa Egepeta ba ne ba le babedi. Batho bohle ba lelapa la Jakobo ba ileng ba tla Egepeta ba ne ba le 70.+

28 Jakobo a re Juda+ a yo bolella Josefa hore o tseleng e tlang Goshene.+ Ha ba fihla naheng eo, 29 Josefa a lokisa kariki ya hae mme a nyoloha ho ya kgahlanyetsa ntate wa hae Iseraele naheng ya Goshene. Ha a fihla ho yena, a mo haka* mme a lla nako e telele. 30 Iseraele a re ho Josefa: “Le ha nka shwa, ke o bone mme ke a tseba hore o ntse o phela.”

31 Josefa a re ho bana babo le ho ba lelapa la ntate wa hae: “Ereng ke ye ho Faro+ ke re ho yena, ‘Bana beso le ba lelapa la Ntate ba neng ba dula naheng ya Kanana ba tlile ho nna.+ 32 Banna bana ke badisa,+ ba tlile le diphoofolo tsa bona le dintho tsohle tseo ba nang le tsona.’+ 33 Ha Faro a le bitsa mme a re, ‘Le etsa mosebetsi ofe?’ 34 Le re, ‘Morena haesale re hlokomela diphoofolo ho tloha botjheng ba rona ho fihlela hona jwale feela jwalo ka baholoholo ba rona.’+ Le bue mantswe ana e le hore le ka dula naheng ya Goshene+ hobane Baegepeta ba hloile badisa ba dinku.”+

47 Josefa a ya ho Faro+ mme a re: “Ntate le bana beso ba tlile le diphoofolo tsohle le dintho tsohle tseo ba nang le tsona ho tswa naheng ya Kanana mme ba Goshene.”+ 2 A isa bana babo ba bahlano ho Faro.+

3 Faro a re ho bona: “Le etsa mosebetsi ofe?” Ba re: “Morena, re badisa ba dinku jwalo ka baholoholo ba rona.”+ 4 Ba re ho Faro: “Re kopa o re dumelle ho dula Goshene+ re le baditjhaba+ hobane naheng ya Kanana+ tlala e kgolo mme ha ho na moo diphoofolo tsa rona di ka fulang teng.” 5 Faro a re ho Josefa: “Ntate wa hao le bana beno ba tlile ho wena. 6 Naha ya Egepeta e laolwa ke wena. Ere ntate wa hao le bana beno ba dule Goshene karolong e ntle ya naha.+ Haeba ho ena le banna ba nang le bokgoni hara bona, o ba kgethe hore ba hlokomele diphoofolo tsa ka.”

7 Josefa a tlisa ntate wa hae Jakobo ho Faro mme a mo tsebisa yena yaba Jakobo o hlohonolofatsa Faro. 8 Faro a re ho Jakobo: “O dilemo di kae?” 9 Jakobo a re ho Faro: “Ke na le dilemo tse 130 ke le moditjhaba. Dilemo tsena ha di ngata ebile di tletse matshwenyeho+ ha di bapiswa le tsa baholoholo ba ka ha e ntse e le baditjhaba.”+ 10 Jakobo a hlohonolofatsa Faro yaba Jakobo o a tsamaya.

11 Josefa a fa ntate wa hae le bana babo bodulo naheng ya Egepeta, karolong e ntle ya naha e leng Ramsese+ feela jwalo ka ha Faro a laetse. 12 Josefa a nna a fa ntate wa hae le bana babo le lelapa lohle la ntate wa hae dijo,* ho ya ka palo ya bana ba bona.

13 Ho ne ho se na dijo* naheng yohle hobane tlala e ne e le kgolo haholo mme batho ba naha ya Egepeta le ya Kanana ba ne ba sotleha ka lebaka la tlala.+ 14 Josefa o ne a nka tjhelete yohle eo batho ba naheng ya Egepeta le ya Kanana ba neng ba reka koro* ka yona,+ ebe o e isa ntlong ya Faro. 15 Ka mora nako, tjhelete ya naha ya Egepeta le ya Kanana ya fela yaba Baegepeta bohle ba tla ho Josefa ba re: “Re fe dijo! Na o tla re tlohella hore re shwe hobane feela re feletswe ke tjhelete?” 16 Josefa a re: “Haeba tjhelete ya lona e fedile, tlisang diphoofolo mme ke tla le fa dijo.” 17 Ba tlisa diphoofolo tsa bona ho Josefa mme a nna a ba fa dijo ka ha ba ne ba mo fa dipere, dinku, dipodi, dikgomo le ditonki. Ke tsela eo ba neng ba reka dijo ka yona selemong seo.

18 Ha selemo seo se fela, ba tla ho yena selemong se latelang ba re: “Morena, tseba hore re o file tjhelete yohle le diphoofolo tsohle tsa rona. Ha ho letho leo re ka o fang lona haese mmele ya rona le masimo a rona. 19 Na o tla re tlohella hore re shwe le masimo a rona a senyehe? Re rekelle le masimo a rona e le hore o re fe dijo mme re tla ba makgoba a Faro. Re fe peo e le hore re se ke ra shwa le hore naha ya rona e se ke ya senyeha.” 20 Josefa a rekela Faro masimo ohle a Baegepeta hobane ba ne ba rekisitse masimo a bona ka ha tlala e ne e le kgolo haholo. Masimo ohle ya eba a Faro.

21 Josefa a laela batho bohle ba Egepeta hore ba dule metseng e haufi.+ 22 Ke masimo a baprista feela ao a sa kang a a reka+ hobane ba ne ba phela ka dijo tse tswang ho Faro. Ke ka lebaka leo ba sa kang ba rekisa masimo a bona. 23 Josefa a re ho setjhaba: “Kajeno ke le rekile le masimo a lona bakeng sa Faro. Peo ya lona ke ena, le e jale masimong. 24 Ha le kotula, le fe Faro mokotla o le mong ho e mehlano ya dijo tseo le di kotutseng.+ Mekotla e mene e be ya lona, e be peo eo le tla e lema masimong le dijo tsa malapa a lona le bana ba lona.” 25 Ba re: “O bolokile bophelo ba rona.+ Haeba o dumela morena, ere re be makgoba a Faro.”+ 26 Josefa a beha molao o reng mokotla o le mong ho e mehlano wa dijo tse kotutsweng e be wa Faro. Molao ona o ntse o sebetsa ho fihlela letsatsing lena naheng ya Egepeta. Ke masimo a baprista feela ao e sa kang ya eba a Faro.+

27 Baiseraele ba tswela pele ho dula Goshene+ naheng ya Egepeta, ba aha ho yona mme ba eba bangata.+ 28 Jakobo o dutse naheng ya Egepeta dilemo tse 17. O phetse dilemo tse 147.+

29 Iseraele o ne a le haufi le ho shwa,+ ka hoo a bitsa mora wa hae Josefa a re: “Haeba o nthata e le ka nnete, ke kopa o behe letsoho la hao tlasa serope sa ka* mme o mpontshe mosa* hape o ntshepahalle. Ke kopa o se ke wa mpatela Egepeta.+ 30 Ha ke shwa* o ntlose Egepeta mme o mpatele lebitleng la baholoholo ba ka.”+ Josefa a re: “Ke tla etsa jwalo.” 31 Jakobo a re: “Ntlhapanyetse.” A mo hlapanyetsa+ yaba Iseraele o inamisetsa hlooho mosamong wa bethe ya hae.+

48 Ka mora dintho tsena, Josefa a bolellwa hore ntate wa hae o a kula. A tsamaya le bara ba hae ba babedi e leng Manase le Efraime.+ 2 Ha Jakobo a bolellwa hore mora wa hae Josefa o tlile ho yena, a* leka ka matla ho phahama betheng e le hore a dule hodima yona. 3 Jakobo a re ho Josefa:

“Modimo ya Matla Ohle o ile a hlaha ho nna Luze naheng ya Kanana yaba o a ntlhohonolofatsa.+ 4 A re ho nna, ‘Ke tla o atisa, ke etse hore o ngatafale mme ke o etse setjhaba se seholo+ hape ke fe bana* ba hao naha ena e le lefa la ka ho sa feleng.’+ 5 Bara ba babedi bao o bileng le bona naheng ya Egepeta pele ke tla, ke ba ka.+ Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwalo ka ha Rubene le Simeone e le bara ba ka.+ 6 Empa bana bao o tla ba le bona ka mora bana, e tla ba ba hao. Ba tla bitswa ka mabitso a bana ba bo bona mme ba fumane lefa la bana ba bo bona.+ 7 Ha ke tswa Padane, mme wa hao Ragele o ile a shwella+ pela ka naheng ya Kanana. Re ne re le hole le ho fihla Efratha.+ Ka mo pata moo tseleng e yang Efratha, eo hape e bitswang Bethlehema.”+

8 Ha Iseraele a bona bara ba Josefa a re: “Ke bomang baa?” 9 Josefa a re ho ntate wa hae: “Ke bara bao Modimo a mphileng bona sebakeng sena.”+ Jakobo a re: “Ke kopa o ba tlise e le hore ke ba hlohonolofatse.”+ 10 Mahlo a Iseraele a ne a sa bone hantle ka lebaka la botsofadi. Josefa a ba atametsa ho yena mme a ba suna yaba o a ba haka. 11 Iseraele a re ho Josefa: “Ke ne ke sa nahane hore ke tla o bona+ empa Modimo o ntumeletse hore ke bone le bana* ba hao.” 12 Josefa a ba tlosa mangoleng a Iseraele yaba o a kgumama.*

13 Josefa a tshwara Efraime+ ka letsoho le letona, a mo isa ka letsohong le letshehadi la Iseraele, a tshwara Manase+ ka letsoho le letshehadi, a mo isa ka letsohong le letona la Iseraele yaba o ba atametsa ho Iseraele. 14 Empa Iseraele a beha letsoho le letona hloohong ya Efraime le hoja a ne a le monyenyane mme letsoho le letshehadi a le beha hloohong ya Manase. O ile a etsa sena ka morero le hoja Manase e ne e le yena letsibolo.+ 15 A hlohonolofatsa Josefa mme a re:+

“Modimo wa nnete eo ntatemoholo wa ka Abrahama le ntate wa ka Isaka ba tsamaileng ka pela hae,+

Modimo wa nnete ya ntlhokometseng bophelo bohle ba ka ho fihlela letsatsing lena,+

16 Lengeloi le ileng la ntopolla tlokotsing,+ hlohonolofatsa bashanyana bana.+

Ba ke ba bitswe ka lebitso la ka, la ntatemoholo wa ka Abrahama le la ntate wa ka Isaka,

Ba ke ba eketsehe, e be letshwele le leholo lefatsheng.”+

17 Ha Josefa a bona hore ntate wa hae o ntse a behile letsoho le letona hloohong ya Efraime, a se ke a thabela seo yaba o leka ho tlosa letsoho la ntate wa hae hloohong ya Efraime ho le isa hloohong ya Manase. 18 Josefa a re ho ntate wa hae: “Ntate o etsa phoso, letsibolo ke Manase.+ Beha letsoho la hao le letona hloohong ya hae.” 19 Ntate wa hae a nna a hana a re: “Ke a tseba mora wa ka, ke a tseba. Le yena e tla ba setjhaba mme le yena o tla ba moholo. Empa ngwanabo e monyenyane o tla ba moholo ho yena+ mme bana* ba hae ba tla lekana le ditjhaba.”+ 20 A ba hlohonolofatsa letsatsing leo+ a re:

“Baiseraele ba ke ba bue ka lona ha ba fana ka tlhohonolofatso ba re,

‘E se eka Modimo a ka le etsa jwalo ka Efraime le Manase.’”

A nna a beha Efraime ka pela Manase.

21 Iseraele a re ho Josefa: “Ke haufi le ho shwa+ empa Modimo o tla ba le lona mme a le kgutlisetse naheng ya baholoholo ba lona.+ 22 Ke o fa karolo ya naha e fetang ya bana beno, naha eo ke e nkileng ho Baamore ka sabole le ka seqha sa ka.”

49 Jakobo a bitsa bara ba hae mme a re ho bona: “Bokanang e le hore ke le bolelle se tla le etsahalla nakong e tlang.* 2 Tloong le tlo mamela lona bara ba Jakobo, mamelang ntate wa lona Iseraele.

3 Rubene+ o letsibolo+ la ka, matla a ka le ngwana wa ka wa pele,* bokgabane bo hlomphehang le bokgabane ba matla. 4 E ke ke ya eba wena e moholo ka ha o bile jwalo ka metsi a lwebehlanang. O hlwelletse betheng ya ntate wa hao.+ O silafaditse* bethe ya ka. O ile a hlwella ho yona!

5 Simeone le Levi ke bara ba motho.+ Ba sebedisa dibetsa tsa bona bakeng sa ntwa.+ 6 O se ke wa ba motswalle wa bona. O se ke wa kopana le bona, wena pelo ya ka hobane bohaleng ba bona ba bolaile batho+ mme ba kgotsofalla ho kgaola mesifa ya dipoho. 7 Ho rohakwe bohale le kgalefo ya bona hobane di sehloho.+ Ere ke ba arole ho Jakobo mme ke ba hasanye Iseraele.+

8 Ha e le wena Juda,+ bana beno ba tla o rorisa.+ O tla hlola* dira tsa hao.+ Bara ba ntate wa hao ba tla o inamela.+ 9 Juda ke ledinyane la tau.+ Mora wa ka, o tla ja phofu ebe o a tsamaya. O paqame ebile o phomotse jwalo ka tau mme jwalo ka tau, ke mang ya ka itetang sefuba ho mo tshwenya? 10 Lere la borena le ke ke la tloha ho Juda+ le lere la bolaodi le ke ke la tloha pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo* a tla+ mme ditjhaba di tla mo mamela.+ 11 Juda o tla hlatswa diaparo tsa hae veineng le lerong la morara, a fasitse tonki ya hae sefateng sa morara le petsana ya tonki sefateng se setle sa morara. 12 Mahlo a hae a mafubedu ka lebaka la veine mme meno a hae a masweu ka lebaka la lebese.

13 Zabulone+ o tla dula lebopong la lewatle, moo dikepe di emisitsweng teng ka ankora+ mme moedi wa hae o tla fella haufi le Sidone.+

14 Isakare+ ke tonki e matla, e bothileng e jere sale e mekotla e mmedi mahlakoreng. 15 Isakare o tla bona hore sebaka sa ho phomola se setle le hore naha e ntle. O tla inama* e le hore a jare morwalo mme a dumele ho etsa mosebetsi o boima.*

16 Dane+ e leng le leng la maloko a Iseraele, o tla ahlola batho bohle.+ 17 Dane e ke e be noha e dinaka e ka thoko ho tsela, e lomang direthe tsa pere hoo mopalami wa yona a welang.+ 18 Jehova, ke tla letela poloko e tswang ho wena.

19 Ha e le Gade,+ o tla hlaselwa ke sehlopha sa bafutuhi empa le yena o tla se hlasela.+

20 Dijo* tsa Ashere+ di tla ba ngata* mme o tla fana ka dijo tse tshwanelang morena.+

21 Nefthali+ ke kgama e tshehadi e tshesane. O bua mantswe a monate.+

22 Josefa+ ke lekala la sefate se behang ditholwana se pela sediba, seo makala a sona a fihlang hodima lerako. 23 Empa ba betsang metsu ba ile ba nna ba mo hlorisa, ba mo betsa ka metsu le ho mo hloya.+ 24 Empa seqha sa hae se ne se le sebakeng sa sona+ mme matsoho a hae a le matla ebile a le mafolofolo+ ka lebaka la ya matla ya thusitseng Jakobo. Ke modisa, lejwe la Iseraele. 25 Josefa o tswa ho Modimo wa ntate wa hao mme o tla o thusa. Ya Matla Ohle o na le yena mme o tla mo hlohonolofatsa ka ditlhohonolofatso tse tswang mahodimong le tse tswang ka tlasa lefatshe,+ ka bana ba bangata le ka diphoofolo. 26 Ditlhohonolofatso tsa ntate wa hao di tla phahamela ditlhohonolofatso tsa dithaba tseo esale di le teng, di phahamele dintho tse ntle tse maralleng ao esale a le teng.+ Di tla nne di be hodima hlooho ya Josefa ya kgethilweng ho bana babo.+

27 Benjamine+ o tla nne a harole jwalo ka phiri.+ Hoseng o tla ja phofu mme mantsiboya a arole dintho tseo a di hapileng.”+

28 Maloko a 12 a Iseraele a tswa ho bana kaofela mme ana ke mantswe ao ntate wa bona a a buileng ha a ba hlohonolofatsa. O file e mong le e mong tlhohonolofatso e mo loketseng.+

29 Ka mora moo a ba fa ditaelo tsena: “Ke haufi le ho shwa.+ Le mpate lehaheng le tshimong ya Efrone wa Mohethe moo bontate ba ka ba patilweng teng.+ 30 Ke lehaha le tshimong e Makpela e ka pela Mamre naheng ya Kanana, tshimo eo Abrahama a e rekileng ho Efrone wa Mohethe hore e be sebaka sa lepato. 31 Ba ile ba pata Abrahama le mosadi wa hae Sara moo.+ Ba pata Isaka+ le mosadi wa hae Rebeka moo. Le nna ka pata Lea moo. 32 Tshimo le lehaha le ho yona di ne di rekilwe ho bara ba Hethe.”+

33 Ha Jakobo a qeta ho fa bara ba hae ditaelo tsena, a kgutlisetsa maoto a hae betheng yaba o a shwa mme a patwa jwalo ka batho ba habo.*+

50 Josefa a itahlela hodima ntate wa hae+ mme a lla yaba o a mo suna. 2 Josefa a laela dingaka tse mo sebeletsang hore di tlotse*+ setopo sa ntate wa hae. Dingaka tsa tlotsa setopo sa Iseraele, 3 tsa nka matsatsi a 40 ka ha ho ne ho nka nako e kaalo ho tlotsa setopo. Baegepeta ba nna ba mo llela ka matsatsi a 70.

4 Ha matsatsi a ho mo llela a se a fetile, Josefa a bua le balaodi* ba Faro a re: “Ke kopa le fe Faro molaetsa ona: 5 ‘Ntate o ile a re ho nna: “Ke haufi le ho shwa.+ Ntlhapanyetse+ hore o tla mpatela sebakeng sa ka sa lepato+ seo ke se tjhekileng naheng ya Kanana.”+ Ke kopa ho yo pata Ntate, ka mora moo ke tla kgutla.’” 6 Faro a re: “Tsamaya o yo pata ntate wa hao jwalo ka ha o hlapantse.”+

7 Josefa a tsamaya ho ya pata ntate wa hae mme bahlanka bohle ba Faro ba tsamaya le yena, banna ba baholo+ ba lelapa la hae le banna bohle ba baholo naheng ya Egepeta, 8 lelapa lohle la Josefa, bana babo le lelapa lohle la ntate wa hae.+ Ho ne ho setse bana ba banyenyane le diphoofolo Goshene. 9 Bapalami ba dikariki+ le ba dipere ba tsamaya le yena, e ne e le sehlopha se seholo. 10 Ba fihla seotlong sa Atade se Jordane mme ba lla ha bohloko yaba Josefa o llela ntate wa hae ka matsatsi a supileng. 11 Baahi ba naha, e leng Bakanana ba ba bona ba lla seotlong sa Atade mme ba hweletsa ba re: “Baegepeta ba utlwile bohloko hakaakang!” Ke ka lebaka leo sebaka seo se ileng sa bitswa Abele-mizraime,* e Jordane.

12 Bara ba Jakobo ba etsa seo a ba laetseng sona.+ 13 Ba mo isa naheng ya Kanana mme ba mo pata lehaheng la tshimo e Makpela, tshimo e ka pela Mamre eo Abrahama a e rekileng ho Efrone wa Mohethe hore e be sebaka sa lepato.+ 14 Ka mora hore Josefa a pate ntate wa hae, a kgutlela Egepeta le bana babo le bohle ba neng ba tsamaile le yena.

15 Ka mora lefu la ntate wa bona, bana ba bo Josefa ba re: “E ka nna yaba Josefa o ntse a re hloile mme o tla iphetetsa ka lebaka la dintho tse mpe tseo re mo entseng tsona.”+ 16 Ba romela molaetsa ho Josefa o reng: “Ntate wa hao o fane ka taelo ena pele a shwa: 17 ‘Le re ho Josefa: “Ke a o kopa, tshwarela bana beno sebe seo ba o entseng sona ha ba ne ba o etsa hampe.”’ Re kopa o tshwarele molato wa bahlanka ba Modimo wa ntate wa hao.” Josefa a lla haholo ha ba ntse ba bua le yena. 18 Bana babo ba tla ho yena mme ba kgumama* ka pela hae ba re: “Ke rona bana re makgoba a hao.”+ 19 Josefa a re ho bona: “Le se ke la tshoha. Nke ke ka le ahlola hobane ha ke Modimo. 20 Le hoja le ne le batla ho ntematsa,+ Modimo o ile a fetola bobe boo hore dintho di tsamaye hantle le ho boloka batho ba bangata ba phela jwalo ka ha le bona kajeno.+ 21 Le se ke la tshoha. Ke tla nne ke le fe dijo le bana ba lona ba banyenyane.”+ A ba tshedisa mme a ba kgothatsa.

22 Josefa a nna a dula Egepeta le ba lelapa la ntate wa hae. O phetse dilemo tse 110. 23 Josefa o ile a bona moloko wa boraro wa bara ba Efraime+ le bara ba Makire,+ mora wa Manase. O ile a ba tshwara jwalo ka bara ba hae.* 24 Josefa a re ho bana babo: “Ke haufi le ho shwa empa Modimo o tla le hlokomela+ mme o tla le ntsha naheng ena a le ise naheng eo a e tshepisitseng Abrahama, Isaka le Jakobo.”+ 25 Josefa a re ho bara ba Iseraele: “Modimo o tla le hlokomela. Ntlhapanyetseng hore le tla tlosa masapo a ka sebakeng sena.”+ 26 Josefa a shwella Egepeta a le dilemo di 110 mme ba tlotsa*+ setopo sa hae ba se kenya ka hara lekase.

Kapa: “bodiba.”

Kapa: “matla ao Modimo a a sebedisang.”

Ka Seheberu: “Ho ke ho be le mehlodi ya lesedi.”

Ka Seheberu: “sepakapakeng sa mahodimo.”

Ka Seheberu: “a etsa mehlodi e mmedi ya lesedi.”

Ho ka etsahala hore di ne di akarelletsa dihahabi le mefuta e meng ya diphoofolo.

Ka Seheberu: “ka setshwantsho sa rona.”

Ka Seheberu: “tse fofang mahodimong.”

Ka Seheberu: “ka setshwantsho sa hae.”

Ka Seheberu: “le makgotla ohle a tsona.”

Mona ke moo lebitso la Modimo le mo kgethollang ho medimo e meng yohle le hlahang ka lekgetlo la pele, יהוה (YHWH). Sheba Ntlha ya A4.

Ka Seheberu motho ke ne′phesh mme lentswe lena le bolela “sebopuwa se hemang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “e fetoha dikarolo tse nne.”

Kapa: “Ho na le deliame.”

Kapa: “Tigris.”

Kapa: “mothusi hore e be motlatsi wa hae.”

Ka Seheberu: “tse fofang mahodimong.”

Kapa: “mothusi hore e be motlatsi wa hae.”

Kapa: “a robatsa monna boroko bo tebileng.”

Kapa: “a dule le.”

Kapa: “e le masene.”

Kapa: “feiga.”

Kapa: “ha a ntse a tsamaya serapeng.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

E bolelang “Motho; Batho.”

Ka Seheberu: “O tla ja dihlahiswa tsa lona ka bohloko.”

Kapa: “bohobe.”

Kapa: “O tla sebetsa ka thata.”

E bolelang “Ya Phelang.”

Kapa: “ho tswala.”

Kapa: “a hlonama.”

Kapa: “o hloname?”

Kapa: “na o ke ke wa phahamiswa?”

Kapa: “molebedi; modisa.”

Kapa: “ke o leleka lefatsheng le ileng la bula molomo wa lona ho amohela madi a ngwaneno letsohong la hao.”

Ka Seheberu: “wa ba le matla.”

E ka nna yaba ena e ne e le taelo e neng e lemosa batho.

Kapa: “naheng ya Node.”

Kapa: “lekodilo.”

E bolelang “Ya Kgethilweng; Ya Behilweng; Ya Hlomamisitsweng.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “Adama; Motho.”

Sheba Tlhaloso.

Mohlomong e bolela “Phomolo; Matshediso.”

Kapa: “tshedisa.”

Maele a Seheberu a bolelang bara ba Modimo ba mangeloi.

Ka Seheberu: “nama.”

Mohlomong e bolela batho ba etsang hore ba bang ba wele. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “utlwa bohloko.”

Kapa: “amohela; thabiswa ke.”

Kapa: “o ne a sa tshwauwe phoso.”

Kapa: “ha mmoho le lefatshe.”

Ka Seheberu: “lebokose”; sekepe se seholo.

Mohlomong e ne e le difate tsa phaena.

Ka Seheberu: “ditswe tse 300.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 30.”

Ka Seheberu ke tsohar. Maikutlo a mang ke hore tsohar ha se fensetere empa ke marulelo a tshekaletseng a bolelele ba disenthimithara tse ka bang 45.

Ka Seheberu: “setswe se le seng.” Sheba Ntlha ya B14.

Sheba Tlhaloso.

Kapa mohlomong: “Diphoofolong tsohle tse hlwekileng o nke tse tona tse supileng le tse tshehadi tse supileng.”

Kapa mohlomong: “o nke tse tona tse supileng le tse tshehadi tse supileng.”

Kapa: “bodiba.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 15.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “nama yohle.”

Kapa: “tse nang le moya o phedisang.”

Ka Seheberu: “o ile a hopola.”

Kapa: “ya thijwa.”

Kapa: “moo le ka behang leoto teng.”

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ya tshollang madi a motho.”

Kapa: “dintho tse phelang.”

Kapa mohlomong: “Metse ena e etsa motse o moholo.”

Kapa mohlomong: “ke abuti wa Jafeta.”

E bolelang “Karohano.”

Ka Seheberu: “lefatshe le ile la arolwa.”

E bolelang “Pherekano.”

Ka Seheberu: “lefatshe lohle.”

Sena se ka bolela hore a tla lokela ho etsa ho hong hore a hlohonolofatswe.

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “ho ya dula moo e le moditjhaba.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “Phuleng.”

E leng Lewatle le Shweleng.

Kapa: “Phuleng.”

Kapa: “Phula.”

Kapa: “a dula ditenteng.”

Kapa: “ngwanabo.”

Ka Seheberu: “ngwanabo.”

Kapa: “Phuleng.”

Ka Seheberu: “moqathatso.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “Ya tswang dithong tsa hao tse ka hare.”

Ka Seheberu: “Peo.”

Kgomo e eso be le namane.

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “ya behileng sefubeng sa hao.”

Ka Seheberu: “peo.”

E bolelang “Modimo o a Utlwa.”

Kapa: “onager” e leng mofuta wa tonki e hlaha le hoja batho ba bang ba nahana hore ke qwaha. E ka nna yaba ho buuwa ka ho itaola.”

Kapa mohlomong: “o tla hlouwa ke bana babo kaofela.”

E bolelang “Sediba sa ya Phelang le ya Mponang.”

A thetsitse fatshe ka hlooho.

E bolelang “Ntate o Phahame (O Phahamisitswe).”

E bolelang “Ntate wa Letshwele (Bongata); Ntate wa ba Bangata.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “selekane sa ka se entsweng nameng ya lona.”

Mohlomong e bolela “Ya Bakang Diqabang.”

E bolelang “Kgosatsana.”

E bolelang “Ho Tsheha.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “batho bohle ba batona ho akarelletsa le bashanyana.”

A thetsitse fatshe ka hlooho.

Ka Seheberu: “e le hore le matlafatse dipelo tsa lona.”

Ka Seheberu: “ditekanyo tse tharo tsa seah.” Di lekana le dikhilokramo tse ka bang 13. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “o ne a se a kgaoditse ho ya matsatsing.”

Sena se ka bolela hore di tla lokela ho etsa ho hong hore di hlohonolofatswe.

Ka Seheberu: “Ke tseba.”

Kapa: “ba lelapa la hae ba tlang ka mora hae.”

Ka Seheberu: “ke le lerole le molora.”

Ka Seheberu: “moriting wa marulelo a ka.”

Kapa: “petetsa.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

E bolelang “Bonyenyane.”

Kapa: “a dula e le moditjhaba.”

Ka mantswe a mang o ne a eso ka a robala le yena.

Kapa: “se lokileng.”

Kapa: “o na le lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “o ne a thibile ka ho feletseng popelo e nngwe le e nngwe ya ntlo ya Abimeleke.”

Mantswe a Seheberu a fetoletsweng mona e le ‘ke thabe’ le ‘ba tla thaba’ a bolela ‘ho tsheha.’

E leng ha ngwana a tlohediswa ho nyanya.

Ka Seheberu: “mamela lentswe la hae.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Mokotla wa letlalo o tshelang metsi.

Kapa: “o tla ba le lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Mohlomong e bolela “Sediba sa Kano” kapa “Sediba sa Bosupa.”

Kapa: “e le moditjhaba.”

Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”

Kapa: “thipa e selakgang.”

Kapa: “thipa e selakgang.”

E bolelang “Jehova o Tla Fana; Jehova o Tla Bona.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “keiti.”

Sena se ka bolela hore di tla lokela ho etsa ho hong hore di hlohonolofatswe.

Ka Seheberu: “peo.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa mohlomong: “kgosana e kgolo.”

Ka Seheberu: “dishekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “shekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Ho bonahala eka ena e ne e le tsela eo ho neng ho tiiswa kano ka yona mehleng eo.

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “halofo ya shekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dishekele tse leshome.”

A thetsitse fatshe ka hlooho.

Ho ka etsahala hore ho buuwa ka Labane.

Ka Seheberu: “ke ye ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.”

Kapa: “Ha re kgone ho bua hampe kapa hantle ho wena.”

E leng mosebeletsi wa hae.

Kapa: “mme wa dimiriade tse dikete.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “keiti.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “o nkelwa ho batho ba habo.” Mantswe ana ke mokgabopuo mme a bolela ho shwa.

Kapa: “diahelo tse potapotilweng ke lerako.”

Ka Seheberu: “o nkelwa ho batho ba habo.” Mantswe ana ke mokgabopuo mme a bolela ho shwa.

Kapa mohlomong: “O ne a hlouwe ke bana babo kaofela.”

E bolelang “Bohwete.”

E bolelang “Ya Tshwarang Serethe; Ya Nkelang e Mong Sebaka.”

Ka Seheberu: “bofubedu bona.”

Kapa: “ke shwele ke tlala.”

E bolelang “Bofubedu.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Sena se ka bolela hore di tla lokela ho etsa ho hong hore di hlohonolofatswe.

Ka Seheberu: “peo.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

E bolelang “Tsekisano.”

E bolelang “Qoso.”

E bolelang “Dibaka Tse Pharaletseng.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

E bolelang “Ya Tshwarang Serethe; Ya Nkelang e Mong Sebaka.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “o itshedisa ka hore o tla o bolaya.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “lere.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Sena se ka bolela hore a tla lokela ho etsa ho hong hore a hlohonolofatswe.

Ka Seheberu: “peo.”

E bolelang “Ntlo ya Modimo.”

Ho dumedisa motho ka ho mo suna, jwalo ka ho mo suna lerameng, e ne e le ntho e tlwaelehileng.

Ka Seheberu: “ngwanabo.”

Kapa: “re a amana.”

Ka Seheberu: “ngwaneso.”

Ka Seheberu: “mahlo a Lea a ne a sa kganye.”

Ka Seheberu: “hlouwe.”

Ka Seheberu: “a bula popelo ya hae.”

E bolelang “Bona ke na le Mora.”

E bolelang “Ho Utlwa.”

E bolelang “Ho Kgomarela; Ho Kopana.”

E bolelang “Rorisitswe; Motho ya Roriswang.”

Ka Seheberu: “a belehele mangoleng a ka.”

E bolelang “Moahlodi.”

E bolelang “Dintwa Tsa Ka.”

E bolelang “Tlhohonolofatso e Kgolo.”

E bolelang “Thabo.”

Ke semela seo basadi ba neng ba ja tholwana ya sona hobane ba nahana hore e tla ba thusa ho ima.

Kapa: “moputso wa ya ikhirisang.”

E bolelang “Kamohelo.”

Ka Seheberu: “mme Modimo a mo mamela yaba o bula popelo ya hae.”

Ke lebitso le kgutsufaditsweng la Josifia le bolelang “E se Eka Jah a ka Eketsa.”

Kapa: “bopaki.”

Kapa: “ke lokile.”

Kapa: “dipodi tse tona.”

Ka Seheberu: “pilara.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “medingwana ya ditshwantsho ya ka tlung.”

E leng ya Eufrate.

Kapa: “ba bang ba leloko.”

Ka Seheberu: “Hlokomela hore o se ke wa bua le Jakobo ka se setle kapa se sebe.”

Ka Seheberu: “bara.”

Kapa: “bana ba bo rona.”

Kapa: “bana beso le bana beno.”

Ha konyana kapa potsanyane e hlaha e se e ntse e shwele.

Ka Seheberu: “tshabo ya Isaka.”

Polelwana ya Searame e bolelang “Qubu ya Bopaki.”

Polelwana ya Seheberu e bolelang “Qubu ya Bopaki.”

Kapa: “bana babo.”

Ka Seheberu: “bara.”

E bolelang “Mabotho a Mabedi.”

Ka Seheberu: “sebaka.”

Kapa: “ke dutse ke le moditjhaba.”

Kapa: “lerato la hao le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “dipodi tse tona.”

Kapa: “kgohlo.” Sheba Tlhaloso.

E bolelang “Ya Lwanang le (Ya Phehellang) Modimo” kapa “Modimo o a Lwana.”

E bolelang “Sefahleho sa Modimo.”

Ka Seheberu: “difahleho di tadimane.”

Kapa: “Peniele.”

Kapa: “bara ba Iseraele.”

A thetsitse fatshe ka hlooho.

Ho dumedisa motho ka ho mo suna, jwalo ka ho mo suna lerameng, e ne e le ntho e tlwaelehileng.

Ka Seheberu: “tlhohonolofatso.”

E bolelang “Maphephe; Masaka.”

Ka Seheberu: “a bua le pelo ya morwetsana.”

Kapa: “nyallane.”

Ka Seheberu: “ya nang le ntlha ya letlalo la setho sa botona.”

Kapa: “Le entse hore ke qhelelwe ka thoko.”

Kapa: “tseleng.”

Kapa: “pata.”

E bolelang “Modimo wa Bethele.”

Kapa: “mosebeletsi wa.”

Kapa: “eike.”

E bolelang “Ouku (Eike) ya Dillo.”

Ka Seheberu: “a tla tswa lethekeng la hao.”

Ka Seheberu: “peo.”

E bolelang “Mora wa Bohloko ba Ka.”

Ka Seheberu: “Mora wa Letsoho la ka le Letona.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “o nkelwa ho batho ba habo.” Mantswe ana ke mokgabopuo mme a bolela ho shwa.

Kapa: “ba dula e le baditjhaba.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”

Kapa: “seaparo se setle se selelele.”

Kapa: “phuleng.”

Kapa: “di ne di jere labdaname.”

Ho ne ho etswa setlolo se nkgang ha monate ka mamina a sefate a tswang makgekgephung ana.

Ka Seheberu: “nama.”

Kapa: “Bamidiane.”

Kapa: “podi e tona.”

Kapa: “rusollotswe.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Bamidiane.”

Kapa: “tjale.”

Kapa: “motho ya ithekisang.”

Ka Seheberu: “letekatse la tempele.”

Kapa: “mmala o sekareleta.”

E bolelang “Ho Tabola,” mohlomong e bua ka ho tabola dinoka.

Kapa: “mmala o sekareleta.”

Kapa: “Ke nna ya laolang dintho tsohle.”

Kapa: “a mo bontsha lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “motho ya bakang bohobe.”

Ka Seheberu: “matsatsi.”

Ka Seheberu: “o tla phahamisa hlooho ya hao.”

Kapa: “o mpontshe lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “sekoting.”

Ka Seheberu: “a phahamisa hlooho ya.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “sekoting.”

Ka Seheberu: “letsohong.”

Ka Seheberu: “letsohong.”

Ho bonahala e le lentswe le sebedisetswang ho bontsha tlhompho.

Ka Seheberu: “ya tla phahamisa letsoho kapa leoto la hae.”

E leng Heliopolis.

Kapa: “koro.”

E leng Heliopolis.

E bolelang “Ya Etsang Hore o Lebale.”

Mohlomong lebitso lena le bolela: “Bana ba ka ba eketsehile.”

Kapa: “bohobe.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ba thetsitse fatshe ka dihlooho.

Ka Seheberu: “madi a hae a a batlwa.”

Kapa: “koro.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “mamina a sefate.”

Ona ke mofuta wa peo e tshwanang le makotomane empa yona e na le mmala o mosehla le o motala.

Kapa: “letlotlo.”

Ba thetsitse fatshe ka dihlooho.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ba thetsitse fatshe ka dihlooho.

Kapa: “rusolotswe.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “masala.”

Ka Seheberu: “hore ke be ntate.”

Ka Seheberu: “A itihela molaleng wa.”

Ho dumedisa motho ka ho mo suna, jwalo ka ho mo suna lerameng, e ne e le ntho e tlwaelehileng.

Ho ka etsahala hore ebe e ne e le dikgomo, dikamele kapa mefuta e meng ya diphoofolo.

Kapa: “e nonneng.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bohle bao e neng e le ba hae.”

Ka Seheberu: “ya tla beha letsoho mahlong a hao.”

E leng Heliopolis.

Ka Seheberu: “Bara.”

Ka Seheberu: “a itihela molaleng wa hae.”

Ka Seheberu: “bohobe.”

Ka Seheberu: “bohobe.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ho bonahala eka ena e ne e le tsela eo ho neng ho tiiswa kano ka yona mehleng eo.

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “robala le bontate ba ka.”

Ka Seheberu: “Iseraele.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

A thetsitse fatshe ka hlooho.

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “karolong e qetellang ya matsatsi.”

Kapa: “le qalo ya matla a ka a ho tswala.”

Kapa: “hlomphollotse.”

Ka Seheberu: “Letsoho la hao le tla ba molaleng wa.”

E bolelang “Eo e Leng ya Hae.”

Ka Seheberu: “koba lehetla la hae.”

Kapa: “mosebetsi o qobellwang.”

Kapa: “bohobe.”

Ka Seheberu: “di tla ba mafura.”

Ka Seheberu: “a nkelwa ho batho ba habo.” Mantswe ana ke mokgabopuo mme a bolela ho shwa.

Ho ne ho sebediswa dintho tse kang oli e nkgang ha monate e le hore setopo se se ke sa bola.

Kapa: “ba lelapa la.”

E bolelang “Ho utlwa bohloko ha Baegepeta.”

Ba thetsitse fatshe ka dihlooho.

Ka Seheberu: “Ba tswallwa mangoleng a Josefa.”

Ho ne ho sebediswa dintho tse kang oli e nkgang ha monate e le hore setopo se se ke sa bola.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share