LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Re a o Amohela.
Laebrari ena e sebedisetswa ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Haeba o batla ho downloada dingolwa, re kopa o ye ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ntjha: Mbum
  • Kajeno

Moqebelo la 26 July

Le etsise Modimo hobane le bana ba hae bao a ba ratang.—Baef. 5:1.

Mehleng ena re ka thabisa Jehova ka ho bua ka yena ka tsela e bontshang hore re na le kananelo ebile re a mo rata. Sepheo sa rona se ka sehloohong ha re le tshimong ke hore re thuse batho hore ba atamele ho Jehova le hore ba ikutlwe ka tsela eo re ikutlwang ka yona ka Ntate wa rona ya lerato. (Jak. 4:8) Re a thaba ha re bontsha batho seo Bibele e se buang ka Jehova le ka makgabane a hae a kang lerato, toka, bohlale, matla le a mang. Tsela e nngwe eo ka yona re rorisang le ho thabisa Jehova ke ka ho etsa sohle seo re se kgonang ho mo etsisa. Ha re etsa jwalo, re fapana le batho ba lefatshe lena le kgopo. Taba ena e ka nna ya etsa hore batho ba bang ba hlokomele hore re fapane le batho ba bang mme ba ipotsa hore na hobaneng. (Mat. 5:​14-16) Ha re sebedisana le bona bophelong ba letsatsi le letsatsi, re ka fumana monyetla wa ho ba hlalosetsa hore na ke hobaneng ha re fapane. Qetellong batho ba dipelo di ntle ba ka atamela ho Modimo wa rona. Ha re rorisa Jehova ka ditsela tsena, re mo thabisa haholo.—1 Tim. 2:​3, 4. w24.02 10 ¶7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Sontaha la 27 July

Kgothatsa. . . le ho kgalemela.—Tite 1:9.

E le hore o be monna wa Mokreste ya nang le tumelo e matla, o lokela ho ithuta dintho tse tla o thusa bophelong. Dintho tsena di tla o thusa hore o amohele boikarabelo ka phuthehong, o fumane mosebetsi o be o tshwarelle ho wona e le hore o ka itlhokomela kapa wa hlokomela lelapa la hao, le hore o utlwane le batho. Ka mohlala, ithute ho bala le ho ngola hantle. Bibele e re monna ya thabileng le ya atlehileng bophelong ke ya balang Lentswe la Modimo letsatsi le letsatsi a bile a nahanisisa ka lona. (Pes. 1:​1-3) Haeba a bala Bibele letsatsi le letsatsi, sena se tla mo thusa hore a nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka yona, e leng se tla mo thusa hore a nahane hantle le ho sebedisa seo a ithutileng sona ka Mangolong. (Diprov. 1:​3, 4) Bara le baradi ba bo rona ba hloka thuso ya banna ba kgonang ho ruta le ho fana ka keletso e tswang ka Bibeleng. Haeba o kgona ho bala le ho ngola hantle, o tla kgona ho fana ka dipuo le dikarabo tse matlafatsang tumelo. O tla boela o kgone ho ngola dintlha tsa bohlokwa tse tla o thusa hore o matlafatse tumelo ya hao o be o kgothatse batho ba bang. w23.12 26-27 ¶9-11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Mantaha la 28 July

Ya nang le lona o matla ho feta ya nang le batho ba lefatshe.—1 Joh. 4:4.

Ha o ikutlwa o tshohile, nahana ka dintho tseo Jehova a tla di etsa nakong e tlang ha Satane a se a fedisitswe. Pontsho e ileng ya fanwa kopanong ya setereke ya 2014 e ile ya bontsha Ntate a buisana le lelapa la hae ka hore na 2 Timothea 3:​1-5 e ka reng haeba e ne e ka hlalosa hore na bophelo bo ne bo tla ba jwang Paradeiseng, o ile a re: “Lefatsheng le letjha bophelo bo tla ba monate. Batho ba tla rata batho ba bang, ba rate nnete, ba ikokobetse, ba rorise Modimo, ba mamele batswadi, ba be le teboho, ba tshepahale, ba rate ba malapa a bona, ba dumellane le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, ba dule ba bua batho ba bang hantle, ba ithibe, ba be bonolo, ba rate dintho tse ntle, ba se ke ba fetohela batho ba bang, ba se ke ba eba manganga, ba se ke ba ikakasa, ba rate Modimo ho ena le ho rata menate, ba phele ka tsela e bontshang hore ba rata Modimo. Batho ba jwalo o ba kgomarele.” Na o na le ho qoqa le lelapa la hao kapa badumedimmoho ka hore na bophelo bo tla ba jwang lefatsheng le letjha? w24.01 6 ¶13-14

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
Re a o Amohela.
Laebrari ena e sebedisetswa ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Haeba o batla ho downloada dingolwa, re kopa o ye ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share