LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Re a o Amohela.
Laebrari ena e sebedisetswa ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Haeba o batla ho downloada dingolwa, re kopa o ye ho jw.org.
  • Kajeno

Labohlano la 25 July

Ke na le lona ka matsatsi ohle ho fihlela lefatshe le fela.—Mat. 28:20.

Ho tloha ka Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, batho ba Jehova dinaheng tse ngata ba ntse ba thabela ho ba le kgotso le bolokolohi ba hore ba nne ba tswele pele ba etsa mosebetsi wa boboledi. Ha e le hantle, mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate o atlehile haholo. Mehleng ena bara ba bo rona ba Sehlopha se Busang ba ntse ba tswela pele ho batla tataiso ho Kreste. Ba batla hore ditaelo tseo ba di fang bara ba bo rona di bontshe hore di tswa ho Jehova. Hape ba sebedisa balebedi ba potoloho le baholo hore ba fane ka tataiso diphuthehong. Baholo ba kgethilweng ba ka “letsohong le letona” la Kreste. (Tshen. 2:1) Ke nnete hore baholo ba etsa diphoso. Moshe, Joshua le baapostola le bona ba ne ba etsa diphoso ka dinako tse ding. (Num. 20:12; Josh. 9:​14, 15; Bar. 3:23) Le ha ho le jwalo, Kreste o ntse a tataisa mohlanka ya tshepahalang le baholo ba kgethilweng mme o tla tswela pele ho ba tataisa. Ka hoo, re na le mabaka a hore re ka tshepa tataiso eo a fanang ka yona a sebedisa bara bana ba bo rona ba kgethilweng hore ba re etelle pele. w24.02 23-24 ¶13-14

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Moqebelo la 26 July

Le etsise Modimo hobane le bana ba hae bao a ba ratang.—Baef. 5:1.

Mehleng ena re ka thabisa Jehova ka ho bua ka yena ka tsela e bontshang hore re na le kananelo ebile re a mo rata. Sepheo sa rona se ka sehloohong ha re le tshimong ke hore re thuse batho hore ba atamele ho Jehova le hore ba ikutlwe ka tsela eo re ikutlwang ka yona ka Ntate wa rona ya lerato. (Jak. 4:8) Re a thaba ha re bontsha batho seo Bibele e se buang ka Jehova le ka makgabane a hae a kang lerato, toka, bohlale, matla le a mang. Tsela e nngwe eo ka yona re rorisang le ho thabisa Jehova ke ka ho etsa sohle seo re se kgonang ho mo etsisa. Ha re etsa jwalo, re fapana le batho ba lefatshe lena le kgopo. Taba ena e ka nna ya etsa hore batho ba bang ba hlokomele hore re fapane le batho ba bang mme ba ipotsa hore na hobaneng. (Mat. 5:​14-16) Ha re sebedisana le bona bophelong ba letsatsi le letsatsi, re ka fumana monyetla wa ho ba hlalosetsa hore na ke hobaneng ha re fapane. Qetellong batho ba dipelo di ntle ba ka atamela ho Modimo wa rona. Ha re rorisa Jehova ka ditsela tsena, re mo thabisa haholo.—1 Tim. 2:​3, 4. w24.02 10 ¶7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Sontaha la 27 July

Kgothatsa. . . le ho kgalemela.—Tite 1:9.

E le hore o be monna wa Mokreste ya nang le tumelo e matla, o lokela ho ithuta dintho tse tla o thusa bophelong. Dintho tsena di tla o thusa hore o amohele boikarabelo ka phuthehong, o fumane mosebetsi o be o tshwarelle ho wona e le hore o ka itlhokomela kapa wa hlokomela lelapa la hao, le hore o utlwane le batho. Ka mohlala, ithute ho bala le ho ngola hantle. Bibele e re monna ya thabileng le ya atlehileng bophelong ke ya balang Lentswe la Modimo letsatsi le letsatsi a bile a nahanisisa ka lona. (Pes. 1:​1-3) Haeba a bala Bibele letsatsi le letsatsi, sena se tla mo thusa hore a nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka yona, e leng se tla mo thusa hore a nahane hantle le ho sebedisa seo a ithutileng sona ka Mangolong. (Diprov. 1:​3, 4) Bara le baradi ba bo rona ba hloka thuso ya banna ba kgonang ho ruta le ho fana ka keletso e tswang ka Bibeleng. Haeba o kgona ho bala le ho ngola hantle, o tla kgona ho fana ka dipuo le dikarabo tse matlafatsang tumelo. O tla boela o kgone ho ngola dintlha tsa bohlokwa tse tla o thusa hore o matlafatse tumelo ya hao o be o kgothatse batho ba bang. w23.12 26-27 ¶9-11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
Re a o Amohela.
Laebrari ena e sebedisetswa ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Haeba o batla ho downloada dingolwa, re kopa o ye ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share