LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Re a o Amohela.
Laebrari ena e sebedisetswa ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Haeba o batla ho downloada dingolwa, re kopa o ye ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ntjha: Mbum
  • Kajeno

Sontaha la 27 July

Kgothatsa. . . le ho kgalemela.—Tite 1:9.

E le hore o be monna wa Mokreste ya nang le tumelo e matla, o lokela ho ithuta dintho tse tla o thusa bophelong. Dintho tsena di tla o thusa hore o amohele boikarabelo ka phuthehong, o fumane mosebetsi o be o tshwarelle ho wona e le hore o ka itlhokomela kapa wa hlokomela lelapa la hao, le hore o utlwane le batho. Ka mohlala, ithute ho bala le ho ngola hantle. Bibele e re monna ya thabileng le ya atlehileng bophelong ke ya balang Lentswe la Modimo letsatsi le letsatsi a bile a nahanisisa ka lona. (Pes. 1:​1-3) Haeba a bala Bibele letsatsi le letsatsi, sena se tla mo thusa hore a nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka yona, e leng se tla mo thusa hore a nahane hantle le ho sebedisa seo a ithutileng sona ka Mangolong. (Diprov. 1:​3, 4) Bara le baradi ba bo rona ba hloka thuso ya banna ba kgonang ho ruta le ho fana ka keletso e tswang ka Bibeleng. Haeba o kgona ho bala le ho ngola hantle, o tla kgona ho fana ka dipuo le dikarabo tse matlafatsang tumelo. O tla boela o kgone ho ngola dintlha tsa bohlokwa tse tla o thusa hore o matlafatse tumelo ya hao o be o kgothatse batho ba bang. w23.12 26-27 ¶9-11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Mantaha la 28 July

Ya nang le lona o matla ho feta ya nang le batho ba lefatshe.—1 Joh. 4:4.

Ha o ikutlwa o tshohile, nahana ka dintho tseo Jehova a tla di etsa nakong e tlang ha Satane a se a fedisitswe. Pontsho e ileng ya fanwa kopanong ya setereke ya 2014 e ile ya bontsha Ntate a buisana le lelapa la hae ka hore na 2 Timothea 3:​1-5 e ka reng haeba e ne e ka hlalosa hore na bophelo bo ne bo tla ba jwang Paradeiseng, o ile a re: “Lefatsheng le letjha bophelo bo tla ba monate. Batho ba tla rata batho ba bang, ba rate nnete, ba ikokobetse, ba rorise Modimo, ba mamele batswadi, ba be le teboho, ba tshepahale, ba rate ba malapa a bona, ba dumellane le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, ba dule ba bua batho ba bang hantle, ba ithibe, ba be bonolo, ba rate dintho tse ntle, ba se ke ba fetohela batho ba bang, ba se ke ba eba manganga, ba se ke ba ikakasa, ba rate Modimo ho ena le ho rata menate, ba phele ka tsela e bontshang hore ba rata Modimo. Batho ba jwalo o ba kgomarele.” Na o na le ho qoqa le lelapa la hao kapa badumedimmoho ka hore na bophelo bo tla ba jwang lefatsheng le letjha? w24.01 6 ¶13-14

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Labobedi la 29 July

O a nkgahlisa.—Luka 3:22.

Ho a kgothatsa ho tseba hore Jehova o amohela batho ba hae e le sehlopha. Bibele e re: “Jehova o rata batho ba hae.” (Pes. 149:4) Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding batho ba bang ba ka nyahama hoo ba ka ipotsang potso ena: ‘Na Jehova o a nkamohela?’ Bahlanka ba bangata ba Jehova ba tshepahalang ba neng ba phela mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, ka dinako tse ding ba ne ba utlwa ho le thata ho dumela hore Jehova o a ba amohela. (1 Sam. 1:​6-10; Job 29:​2, 4; Pes. 51:11) Bibele e bontsha ka ho hlaka hore batho ba sa phethahalang ba ka kgahlisa Jehova. Jwang? Re lokela ho bontsha tumelo ho Jesu Kreste mme re kolobetswe. (Joh. 3:16) Ha re etsa jwalo, re tla be re bontsha batho ba bang hore re baketse dibe tsa rona le hore re tshepisitse Modimo ho etsa thato ya hae. (Dik. 2:38; 3:19) Jehova o a thaba ha re nka mehato ena e le hore re be le kamano e ntle le yena. Jehova o tla re amohela a be a re nke re le metswalle ya hae e haufi haeba re leka kahohle hore re phelele tshepiso eo re mo etseditseng yona ya ho mo sebeletsa.—Pes. 25:14. w24.03 26 ¶1-2

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
Re a o Amohela.
Laebrari ena e sebedisetswa ho etsa dipatlisiso dingolweng tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Haeba o batla ho downloada dingolwa, re kopa o ye ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share