LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w23 October maq. 12-17
  • Jehova o Tla o Matlafatsa Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jehova o Tla o Matlafatsa Jwang?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • HO RAPELA LE HO ITHUTA HO KA RE FA MATLA
  • BAKRESTEMMOHO LE WENA BA KA O MATLAFATSA
  • TSHEPO EO O NANG LE YONA KA BOKAMOSO E KA O MATLAFATSA
  • Kakaretso ya Jonase
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Jehova o Ile a Mamella Jonase
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Jehova o Tla o fa Matla
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
w23 October maq. 12-17

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 43

Jehova o Tla o Matlafatsa Jwang?

“[Jehova] o tla le tiisa, a le thuse hore le dule le tshepahala a be a le matlafatse.”—1 PET. 5:10.

PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa

SEO RE TLO ITHUTA SONAa

1. Bahlanka ba Modimo ba mehleng ya kgale ba ile ba matlafatswa keng?

HANGATA ha Lentswe la Modimo le bua ka banna ba neng ba rata Modimo, le re ba matla. Empa ha se ka dinako tsohle ba neng ba ikutlwa ba le matla. Mohlala, maemong a mang Morena Davida o ne a utlwa a le “matla jwalo ka thaba” empa ka dinako tse ding o ile a “tshoha haholo.” (Pes. 30:7) Le hoja Samsone a ne a ena le matla a sa tlwaelehang ka lebaka la moya wa Modimo, o ne a tseba hore o ‘tla fokola a be jwalo ka banna ba bang kaofela’ haeba a se na matla a tswang ho Modimo. (Baahl. 14:​5, 6; 16:17) Banna bana ba ratang Modimo ba ne ba le matla hobane feela Jehova a ba file matla.

2. Ke hobaneng ha moapostola Pauluse a ile a re o matla le ha a fokola? (2 Bakorinthe 12:​9, 10)

2 Moapostola Pauluse o ile a elellwa hore le yena o hloka matla a tswang ho Jehova. (Bala 2 Bakorinthe 12:​9, 10.) Pauluse o ne a kula jwalo ka ba bangata ba rona. (Bagal. 4:​13, 14) Ka dinako tse ding o ne a thatafallwa ke ho etsa dintho tse nepahetseng. (Bar. 7:​18, 19) Hape ka dinako tse ding o ne a ikutlwa a tshwenyehile a bile a sa tsebe hore na ho tla etsahalang ka yena. (2 Bakor. 1:​8, 9) Le ha ho le jwalo, o ile a ba matla a ntse a fokola jwalo. O kgonne jwang? Jehova o ile a fa Pauluse matla ao a neng a a hloka e le hore a mamelle mathata a hae.

3. Ke dipotso dife tse tla arajwa sehloohong see?

3 Jehova o tshepisa hore le rona o tla re matlafatsa. (1 Pet. 5:10) Empa re ke ke ra lebella ho fumana matla a tswang ho yena re phuthile matsoho feela. A re etse mohlala. Enjene e ka thusa koloi ho tsamaya empa mokganni o lokela ho hata lefura e le hore koloi e ye pele. Ka tsela e tshwanang, Jehova o ikemiseditse ho re fa matla ao re a hlokang empa re lokela ho etsa boiteko bo itseng e le hore a re fe ona. Jehova o re fa matla jwang? Hape re lokela ho etsang e le hore re fumane matla ao? Re tla fumana dikarabo tsa dipotso tseo ka ho hlahloba tsela eo ka yona Jehova a ileng a matlafatsa moprofeta Jonase, Maria mme wa Jesu le moapostola Pauluse. Re tla boela re bone hore na Jehova o matlafatsa bahlanka ba hae ka tsela e tshwanang jwang mehleng ena.

HO RAPELA LE HO ITHUTA HO KA RE FA MATLA

4. Re ka etsang e le hore Jehova a re fe matla?

4 Ntho e nngwe eo re ka e etsang e le hore Jehova a re fe matla ke ho mo rapela. Jehova o tla araba dithapelo tsa rona ka ho re fa “matla a sa tlwaelehang.” (2 Bakor. 4:7) Hape ho bala Lentswe la hae le ho nahanisisa ka lona ho tla re fa matla. (Pes. 86:11) Molaetsa oo Jehova a re fileng wona ka Bibeleng o “fana ka matla.” (Baheb. 4:12) Ha o rapela Jehova o bile o bala Lentswe la hae, o tla fumana matla ao o a hlokang e le hore o mamelle, o dule o thabile kapa o etse mosebetsi ofe kapa ofe o boima. Hlokomela hore na Jehova o ile a matlafatsa moprofeta Jonase jwang.

5. Ke hobaneng ha moprofeta Jonase a ne a hloka ho matlafatswa?

5 Moprofeta Jonase o ne a hloka ho matlafatswa. Ha Jehova a ne a mo fa mosebetsi o boima, o ile a baleha. Ka lebaka leo, yena le batho bao a neng a palame sekepe le bona ba ile ba batla ba shwa ka lebaka la lewatle le befileng. Ka mora hore a lahlelwe ka lewatleng, o ile a iphumana a le ka mpeng ya tlhapi e leng sebaka se tshosang seo a neng a sa nahana hore ka le leng o tla ba ho sona. O nahana hore Jonase o ile a ikutlwa jwang? Na o ne a bonela lefu haufi? Na mohlomong o ile a nahana hore Jehova o mo lahlile kgerehlwa? E tlameha ebe Jonase o ne a tshwenyehile haholo.

Ditshwantsho: 1. Jonase o rapela Modimo ka matla a le ka mpeng ya tlhapi. 2. Morabo rona o rapela Modimo ka matla a le ka kamoreng ya hae. Pela hae ho na le Bibele, fono le di headphone.

Jwalo ka moprofeta Jonase, re ka etsang e le hore re be matla ha re ena le mathata? (Sheba serapa sa 6-9)

6. Ho ya ka Jonase 2:​1, 2, 7, Jonase o ile a etsang e le hore a be matla ha a le ka mpeng ya tlhapi?

6 Jonase o ile a etsang e le hore a be matla nakong eo a neng a le mong ka mpeng ya tlhapi? O ile a rapela. (Bala Jonase 2:​1, 2, 7.) Le hoja Jonase a ne a sa ka a mamela Jehova, o ile a baka mme a kgodiseha hore Jehova o tla mamela thapelo ya hae. Jonase o ile a boela a nahanisisa ka Mangolo. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Thapelong ya hae e hlahang ho Jonase kgaolo ya bobedi, o ile a sebedisa mantswe le dipolelo tse ngata tse tshwanang le tse hlahang bukeng ya Dipesaleme. (Mohlala, bapisa Jonase 2:​2, 5 le Pesaleme ya 69:1; 86:7.) Ho hlakile hore Jonase o ne a tseba mangolo ao hantle. Ka ha o ile a nahanisisa ka ona nakong eo a leng tsietsing, o ile a kgodiseha hore Jehova o tla mo thusa. Ha morao Jehova o ile a kgutlisetsa Jonase lebopong la lewatle yaba ka mora moo o se a le malalaalaotswe ho etsa mosebetsi oo Jehova a mo fileng wona.—Jon. 2:10–3:4.

7, 8. Morabo rona e mong wa Taiwan o ile a matlafatswa keng ha a ne a ena le mathata?

7 Mohlala wa Jonase o ka re thusa ha re hlahelwa ke mathata a fapaneng. Mohlala, Morabo rona Zhimingb wa Taiwan o kula hampe. Hape ba lelapa la hae ba mo hanyetsa haholo hobane a sebeletsa Jehova. O fumana matla a tswang ho Jehova ka hore a rapele le ho ithuta. O re: “Ka dinako tse ding ha ke ena le mathata, ke tshwenyeha haholo hoo ke sitwang ho kgoba matshwafo e le hore nka kgona ho ithuta Bibele.” Empa ha a nyahame. O boetse o re: “Ke qala pele ka ho rapela Jehova ebe ka mora moo ke mamela dipina tsa Mmuso ka di headphone. Ka dinako tse ding ke di bina ka lentswe le tlase ho fihlela ke kgoba matshwafo ebe ka mora moo ke a ithuta.”

8 Dintho tseo Morabo rona Zhiming a ileng a ithuta tsona Bibeleng le dingolweng tse thehilweng Bibeleng di ile tsa mo matlafatsa ka tsela eo a neng a sa e lebella. Mohlala, ka mora hore a etswe opereishene e kgolo, mooki e mong o ile a mo bolella hore o tlo lokela ho tshelwa madi hobane madi a hae a fokotsehile haholo. Bosiung ba pele a etswa opereishene eo, o ne a ile a bala ka moradi wa bo rona e mong ya ileng a etswa opereishene e tshwanang le ya hae. Madi a hae a ne a fokotsehile le ho feta a Morabo rona Zhiming empa ha a ka a dumela ho tshelwa madi yaba o a fola. Pale ya moradi eo wa bo rona e ile ya fa Morabo rona Zhiming matla a hore a dule a tshepahala.

9. Haeba mathata a etsa hore o tshwenyehe, o ka etsang? (Sheba ditshwantsho.)

9 Ha o ena le mathata, na o tshwenyeha haholo hoo o sitwang ho rapela Jehova? Kapa na o ye o utlwe o kgathetse hoo o sitwang le ho ithuta? Hopola hore Jehova o utlwisisa boemo ba hao hantle. Ka hoo, esita le ha o etsa thapelo e kgutshwanyane, o ka kgodiseha hore o tla o fa ntho eo o e hlokang hantle. (Baef. 3:20) Haeba o utlwa ho le thata ho bala le ho ithuta hobane o kula, o kgathetse kapa o utlwile bohloko, o ka leka ho mamela Bibele kapa dingolwa tse rekotilweng. O ka boela wa thuswa ke ho mamela pina kapa wa shebella video e hlahang ho jw.org. Ha o rapela Jehova ebile o batla dikarabo tsa dithapelo tsa hao ka Bibeleng le dingolweng tse thehilweng ho yona tseo a fanang ka tsona, o tla ba matla.

BAKRESTEMMOHO LE WENA BA KA O MATLAFATSA

10. Bakrestemmoho le rona ba ka re matlafatsa jwang?

10 Jehova a ka sebedisa Bakrestemmoho le rona ho re matlafatsa. Ba ka re ‘tshedisa haholo’ ha re hlahetswe ke bothata bo itseng kapa re utlwa ho le thata ho etsa mosebetsi oo re o fuweng. (Bakol. 4:​10, 11) Re hloka metswalle haholo “dinakong tsa mahlomola.” (Diprov. 17:17) Ha re se na matla, bana ba bo rona ba ka re fa dintho tseo re di hlokang, ba re tshedisa le ho re kgothatsa e le hore re nne re sebeletse Jehova ka botshepehi. Hlokomela hore na Maria mme wa Jesu o ile a matlafatswa ke batho ba bang jwang.

11. Ke hobaneng ha Maria a ne a hloka ho matlafatswa?

11 Maria o ne a hloka ho matlafatswa. O se o ka inahanela hore na o ne a imetswe hakae kelellong ka mora hore lengeloi le bitswang Gabariele le mo fe boikarabelo bo boima. O ne a tlo ima empa a eso nyalwe. O ne a sa tsebe hore na ke ntho e jwang ho hodisa ngwana empa o ne a tlameha ho hlokomela ngwana eo ha morao e neng e tla ba Mesia. Hape ka ha o ne a eso ka a etsa thobalano, ebe o ne a tla qala kae ha a bolella Josefa, monna ya neng a tlo mo nyala hore o imme?—Luka 1:​26-33.

12. Ho ya ka Luka 1:​39-45, Maria o ile a etsang e le hore a fumane matla ao a a hlokang?

12 Maria o ile a etsang e le hore a fumane matla ao a a hlokang bakeng sa ho phetha boikarabelo bo sa tlwaelehang le bo boima boo a neng a bo fuwe? O ile a batla thuso ho batho ba bang. Ka mohlala, o ile a kopa Gabariele hore a mo fe ditaba tse eketsehileng mabapi le boikarabelo bona. (Luka 1:34) Ka mora moo, o ile a nka leeto le lelelele ho ya “motseng wa Juda e leng sebaka se dithaba,” a etela Elizabetha eo a amanang le yena. Leeto leo le ile la mo tswela molemo. Elizabetha o ile a babatsa Maria a ba a susumetswa ke moya wa Jehova hore a mo bolelle boprofeta bo kgothatsang ka mora wa Maria ya eso hlahe. (Bala Luka 1:​39-45.) Maria o ile a re Jehova “o entse dintho tse kgolo ka letsoho la hae le matla.” (Luka 1:​46-51) Jehova o ile a matlafatsa Maria a sebedisa Gabariele le Elizabetha.

13. Moradi wa bo rona e mong wa Bolivia o ile a thuseha jwang ka mora hore a kope thuso ho Bakrestemmoho le yena?

13 Le wena o ka matlafatswa ke Bakrestemmoho le wena jwalo ka Maria. Moradi wa bo rona Dasuri wa Bolivia le yena o ne a hloka ho matlafatswa. Ntate wa hae o ile a tshwarwa ke lefu le sa foleng. Ha a ntse a le sepetlele, Moradi wa bo rona Dasuri o ile a leka ka hohlehohle ho mo hlokomela. (1 Tim. 5:4) Ka dinako tse ding o ne a imelwa. O re: “Ka makgetlo a mangata ke ne ke utlwa hore ka nnete ha ke sa kgona.” Qalong ha a ka a kopa thuso hobane o re: “Ke ne ke sa batle ho kgathatsa Bakrestemmoho le nna. Ke ne ke itjwetsa hore ke Jehova ya tla nthusa. Empa ha morao ka hlokomela hore ha ke ikarola ho batho ba bang, ke ne ke leka ho itharollela mathata a ka ke le mong.” (Diprov. 18:1) Moradi wa bo rona Dasuri o ile a etsa qeto ya ho ngolla e meng ya metswalle ya hae le ho e hlalosetsa hore na o tshwere mathata a makae. O re: “Ke sitwa le ho hlalosa hore na bana beso bao ke ba ratang ba ile ba mmatlafatsa hakae. Ba ile ba tlisa dijo sepetlele le ho mpalla Mangolo a tshedisang. Ha ho na ntho e thabisang ho feta ho tseba hore ha re bang. Re karolo ya lelapa le leholo la Jehova mme bana ba bo rona ba ikemiseditse ho re thusa, ho lla le rona le ho re kgothatsa e le hore re tswele pele ho sebeletsa Jehova.”

14. Ke hobaneng ha re lokela ho amohela thuso e tswang ho baholo?

14 Jehova o boetse o sebedisa baholo ho re fa matla. Baholo ke dimpho tseo a di sebedisang ho re matlafatsa le ho re kgatholla. (Esa. 32:​1, 2) Ka hoo, ha o utlwa o tshwenyehile, bua le baholo ka dintho tse o tshwenyang. O se ke wa tsilatsila ho amohela thuso eo ba o fang yona. Jehova a ka ba sebedisa ho o matlafatsa.

TSHEPO EO O NANG LE YONA KA BOKAMOSO E KA O MATLAFATSA

15. Ke tshepo efe eo Bakreste bohle ba nang le yona?

15 Ditshepiso tse hlahang Bibeleng di ka re fa tshepo tsa ba tsa re fa matla. (Bar. 4:​3, 18-20) Re na le tshepo ya ho fumana monyetla o ikgethang wa ho phela ka ho sa feleng, ebang re tla phela ka ho sa feleng lefatsheng la paradeise kapa lehodimong. Tshepo eo re nang le yona e re fa matla a ho mamella mathata, a ho bolella batho ditaba tse monate le ho etsa mesebetsi e fapaneng eo re e fuwang ka phuthehong. (1 Bathes. 1:3) Moapostola Pauluse le yena o ile a matlafatswa ke tshepo eo.

16. Ke hobaneng ha moapostola Pauluse a ne a hloka ho matlafatswa?

16 Pauluse o ne a hloka ho matlafatswa. Lengolong leo a neng a le ngoletse Bakorinthe, o ile a re o tshwana le sejana sa letsopa se pshatlehang ha bonolo. O ne a “peteditswe,” a “tsielehile,” a “hloriswa” a bile a “imetswe ke mathata.” Le bophelo ba hae bo ne bo le kotsing ka dinako tse ding. (2 Bakor. 4:​8-10) Pauluse o ile a ngola mantswe ao nakong eo a neng a le leetong la hae la boraro la boromuwa. Ntho eo e ka nnang yaba o ne a sa e tsebe ka nako eo ke hore mathata a hae a ne a le hole le ho fela. O ne a tla hlaselwa ke mokgopi o halefileng, a tshwarwe, a robehelwe ke sekepe a be a lahlelwe teronkong.

17. Ho ya ka 2 Bakorinthe 4:​16-18, keng e ileng ya fa Pauluse matla a ho mamella mathata?

17 Ntho e ileng ya etsa hore Pauluse a be matla ke ho dula a nahana ka tshepo eo a nang le yona. (Bala 2 Bakorinthe 4:​16-18.) O ile a bolella Bakorinthe hore le ha mmele wa hae o ntse o “senyeha,” o ne a ke ke a dumella seo hore se mo nyahamise. Pauluse o ile a dula a nahana ka bokamoso ba hae. Tshepo eo a neng a ena le yona ya ho phela ka ho sa feleng lehodimong e ne e le “moputso o moholo ka ho fetisisa” hoo a neng a ikemiseditse ho mamella mathata ohle hore a o fumane. Pauluse o ile a nahanisisa ka tshepo eo mme e ile ya etsa hore a ikutlwe a ‘ntjhafetse letsatsi le letsatsi.’

18. Tshepo eo Morabo rona Tihomir le lelapa la hae ba nang le yona ka bokamoso e ile ya ba matlafatsa jwang?

18 Morabo rona Tihomir wa Bulgaria o ile a matlafatswa ke tshepo eo a nang le yona ka bokamoso. Dilemo tse seng kae tse fetileng, ngwana wa bo wa moshanyana e leng Zdravko o ile a hlokahalla kotsing ya koloi. Ka lebaka leo, Morabo rona Tihomir o ile a nka nako a utlwile bohloko haholo. E le hore a mamelle, yena le ba lelapa la hae ba ile ba nahana ka hore na ho tla ba jwang mohla bafu ba tsoswang. O re: “Re na le ho buisana ka hore na re tla kopana kae le Zdravko, re tla mo phehela eng, ke bomang ba tla mengwa phathing eo re tla mo etsetsa yona ha a se a tsositswe le hore na re tla mo bolellang ka mehla ya bofelo.” Morabo rona Tihomir o re ho dula ba nahana ka tshepo eo ba nang le yona ho matlafatsa ba lelapa la hae e le hore ba dule ba mameletse le ho emela nako eo Jehova a tla tsosa ngwana wabo ka yona.

Moradi wa bo rona ya sa utlweng ditsebeng o shebeletse video ya pina ya “Bophelo Lefatsheng le Letjha” ka puo ya matsoho mme o nahana ka hore na ho tla ba jwang lefatsheng le letjha. O ipona a letsa seletsa sa mmino a ena le batho ba bang ba ntseng ba letsa tsa bona.

O nahana hore bophelo ba hao bo tla ba jwang lefatsheng le letjha? (Sheba serapa sa 19)c

19. O ka etsang e le hore tshepo ya hao e be matla le ho feta? (Sheba setshwantsho.)

19 O ka etsang e le hore tshepo ya hao e be matla le ho feta? Haeba o na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng, bala ditemana tsa Bibele tse buang ka Paradeise mme o nahanisise ka tsona. (Esa. 25:8; 32:​16-18) Nahana ka hore na bophelo bo tla ba jwang lefatsheng le letjha. Ipone o le moo. O bona bomang? O utlwa medumo efe? O ikutlwa jwang? E le hore o kgone ho ipona o le lefatsheng le letjha, sheba ditshwantsho tse hlahang dingolweng tsa rona tse bontshang Paradeise kapa o shebelle divideo tsa dipina tse kang Bophelo Lefatsheng le Letjha, Ho Haufi Moo re Yang kapa Nahana ka Lefatshe le Letjha. Haeba re dula re nahanisisa ka tshepo eo re nang le yona ya lefatshe le letjha, mathata a rona e tla ba ‘a nakwana mme a be bobebe.’ (2 Bakor. 4:17) Tshepo eo Jehova a o fileng yona e tla o matlafatsa.

20. Le ha re ka utlwa re se na matla, re ka etsang e le hore re be le ona?

20 Le ha re ka ikutlwa re se na matla, “Modimo o tla re fa matla.” (Pes. 108:13) Jehova o se a ntse a o file dintho tseo o di hlokang e le hore o fumane matla a tswang ho yena. Ka hoo, ha o hloka matla e le hore o etse mosebetsi o itseng, o mamelle mathata kapa o dule o thabile, rapela Jehova ho tswa pelong mme o ithute Bibele le dingolwa tse thehilweng Bibeleng e le hore o fumane tataiso ya hae. Amohela dikgothatso tseo Bakrestemmoho le wena ba o fang tsona. Dula o nahanisisa ka tshepo eo o nang le yona ka bokamoso. Ha o etsa jwalo, Modimo o tla o ‘matlafatsa ka matla a hae a maholo, e le hore o tle o mamelle dintho tsohle o tiiseditse ebile o thabile.’—Bakol. 1:11.

DINTHO TSE LATELANG DI KA O MATLAFATSA JWANG?

  • Ho rapela le ho ithuta?

  • Bakrestemmoho le wena?

  • Tshepo eo o nang le yona ka bokamoso?

PINA YA 33 Lahlela Morwalo wa Hao ho Jehova

a Sehlooho sena se tla thusa batho ba utlwang ba imetswe ke mathata kapa ba fuweng mosebetsi oo ba utlwang eka ba ke ke ba o kgona. Re tla ithuta hore na Jehova a ka re matlafatsa jwang le hore na re ka etsang e le hore a re thuse.

b Mabitso a mang a fetotswe.

c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Moradi wa bo rona ya sa utlweng ditsebeng o nahanisisa ka ditshepiso tse hlahang ka Bibeleng ebe o bapala video ya pina e le hore a nahane hore na bophelo ba hae bo tla ba jwang lefatsheng le letjha.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share