LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Luka 1:1-24:53
  • Luka

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Luka
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Luka

KOSEPELE YA LUKA

1 Batho ba bangata ba lekile ho batlisisa dintho tsohle tse etsahetseng le ho di ngola fatshe e leng dintho tseo le rona re di dumelang.+ 2 Ba bang bao e neng e le dipaki tse boneng ka mahlo+ ba bile ba phatlalatsa molaetsa wa Modimo, ba re boleletse tsona.+ 3 Jwale mohlomphehi Theofilase,+ ke hlahlobisisitse dintho tsena tsohle mme le nna ka etsa qeto ya ho o ngolla tsona ka tatellano ya tsona. 4 Ke entse tjena e le hore o kgodisehe hore dintho tseo o di rutilweng ke nnete.+

5 Mehleng ya Morena Heroda*+ wa Judea, ho ne ho ena le moprista e mong ya bitswang Zakaria wa sehlopha sa Abija.+ Mohatsa wa hae o ne a tswa lelapeng la Arone, lebitso la hae e le Elizabetha. 6 Jehova* o ne a ba nka ba lokile, ba se na molato hobane ba ne ba phela ka melao yohle ya hae. 7 Ba ne ba se na bana hobane Elizabetha o ne a sa kgone ho ba le bana ebile ba ne ba se ba hodile haholo.

8 Zakaria o ne a etsa mosebetsi wa boprista ka pela Modimo ka ha e ne e le nako ya hore sehlopha seo a welang ho sona+ se sebeletse Modimo tempeleng. 9 Ho ya ka tlwaelo* ya boprista, nako ya hae ya ho nyehela dibano+ ya fihla yaba o kena ka sehalalelong sa Jehova.*+ 10 Ka nako eo batho ba bangata ba ne ba ntse ba rapela ka ntle. 11 Yaba lengeloi la Jehova* le ema ka lehlakoreng le letona la aletare ya dibano moo Zakaria a le bonang. 12 Empa ha a le bona a ferekana, a tshoha. 13 Le ha ho le jwalo, lengeloi la re ho yena: “Zakaria, o se ke wa tshoha hobane Modimo o utlwile thapelo ya hao. Ka hoo, mosadi wa hao Elizabetha o tla o tswalla mora mme o tla mo reha Johanne.+ 14 O tla thaba haholo le batho ba bangata ba tla thabela hore ebe o tswetswe+ 15 hobane Jehova* o tla mo nka e le motho wa bohlokwa.+ Empa ha a lokela ho nwa veine kapa jwala ho hang.+ O tla tlala moya o halalelang le pele a hlaha,*+ 16 a thuse Baiseraele ba bangata ho kgutlela ho Jehova* Modimo wa bona.+ 17 Hape Modimo o tla mo roma hore a mo etelle pele ka moya le matla a tshwanang le a Elia.+ O tla etsa hore dipelo tsa bontate di tshwane le tsa bana,+ a thuse ba sa mameleng hore ba be bohlale mme ba etse dintho tse nepahetseng, e le hore a lokisetse Jehova* setjhaba.”+

18 Yaba Zakaria o re ho lengeloi: “Ke e kgolwe jwang taba ee empa nna le mosadi wa ka re se re tsofetse tjee?” 19 Lengeloi la re: “Ke nna Gabariele+ ya dulang a le haufi le Modimo+ mme ke rometswe ho tla bua le wena le ho o bolella ditaba tsena tse monate. 20 Empa ka ha ha o kgolwe ditaba tsa ka tse tla phethahala ka nako ya teng, o ke ke wa kgona ho bua ho fihlela dintho tsena di etsahala.” 21 Ka nako eo batho ba ne ba emetse hore Zakaria a tswe ka sehalalelong, ba mpa ba makatswa ke ho bona a dieha. 22 Ha a tswa o ne a sa kgone ho bua, a bua le bona ka matsoho. Yaba ba nka hore o sa tswa bona pono ka sehalalelong. 23 Ha nako ya hae ya hore a etse mosebetsi o halalelang* e fedile, a ya ha hae.

24 Ka mora matsatsinyana mosadi wa hae Elizabetha a ima yaba o ikwalla ka tlung ka dikgwedi tse hlano hobane a re: 25 “Jehova* o nketseditse sena, o nkgopotse e le hore a tlose sekgobo sa ka.”+

26 Ka mora dikgwedi tse tsheletseng e le moimana, Modimo a romela lengeloi Gabariele+ motseng wa Galilea o bitswang Nazaretha 27 ho etela Maria,+ e leng morwetsana+ ya neng a lebeleditswe ke Josefa wa leloko la Davida. 28 Ha le fihla ho yena la re: “Dumela wena ya hlohonolofetseng, Jehova* o na le wena.” 29 Mantswe ao a mo makatsa haholo yaba o a ipotsa hore na tumediso eo ke ya mofuta ofe. 30 Lengeloi leo la re ho yena: “Maria, o se ke wa tshoha hobane Modimo o o hauhetse. 31 O tla ima, o tswale mora+ ebe o mo reha Jesu.+ 32 O tla ba matla,+ a bitswe Mora wa Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa.+ Jehova* o tla mo fa terone ya ntate wa hae Davida,+ 33 puso ya hae e ke ke ya fela+ mme e tla ba morena wa bana ba Jakobo ka ho sa feleng.”

34 Empa Maria a re ho lengeloi leo: “Ke tla ba le ngwana jwang ke eso robale le monna?”+ 35 Lengeloi leo la mo araba la re: “Moya o halalelang o tla ba hodima hao,+ matla a Ya Phahameng ka ho Fetisisa a o sireletse. Ka hoo, ngwana eo e tla ba ya halalelang,+ a bitswe Mora wa Modimo.+ 36 Elizabetha mong ka wena le yena ke moimana wa dikgwedi tse tsheletseng, o lebeletse mora le hoja a tsofetse ebile batho ba re ha a kgone ho ba le bana 37 empa ntho e nngwe le e nngwe e a kgoneha ho Modimo.”+ 38 Jwale Maria a re: “Nna ke lekgoba la Jehova,* e se eka mantswe ao a ka phethahala ho nna.” Yaba lengeloi leo le a tsamaya.

39 Ka mora moo Maria a tsamaya a potlakile ho ya motseng wa Juda e leng sebaka se dithaba. 40 A kena ka tlung ha Zakaria yaba o dumedisa Elizabetha. 41 Yare ha Elizabetha a utlwa Maria a mo dumedisa, lesea le ka mpeng ya hae la raha, Elizabetha a tlala moya o halalelang 42 yaba o a hweletsa o re: “O hlohonolofetse hara basadi, le ngwana eo o tlo ba le yena o hlohonolofetse. 43 Ke utlwa e le tlotla hore ebe ke tjhaketswe ke mme wa Morenaka. 44 Hang ha ke utlwa o ntumedisa lesea le ka mpeng ya ka le ile la raharaha hobane le thabile. 45 Ho lehlohonolo mosadi ya ileng a kgolwa dintho tseo Jehova* a di tshepisitseng hobane di tla phethahala kaofela.”

46 Yaba Maria o re: “Ke tlotlisa Jehova,*+ 47 nke ke ka kgaotsa ho rorisa Modimo Mopholosi wa ka+ ke thabile 48 hobane o hlohonolofaditse nna lekgoba la hae le hoja ke le motho wa boemo bo tlase.+ Ho tloha hona jwale ho ya pele meloko yohle e tla phatlalatsa hore ke thabile+ 49 hobane Ya Matla Ohle o nketseditse dintho tse kgolo, le lebitso la hae le a halalela,+ 50 ka mehla o hauhela ba mo tshabang.+ 51 O entse dintho tse kgolo ka letsoho la hae le matla, a qhalakanya bohle bao dipelo tsa bona di tletseng boikgohomoso,+ 52 a theola banna ba matla diteroneng,+ a phahamisa ba maemong a tlase.+ 53 O kgotsofaditse bafutsana ka dintho tse ntle+ empa barui o ba tlohetse ba se na letho. 54 O thusa mohlanka wa hae Iseraele ho bontsha hore o hopola tshepiso ya hae ya ho ba mohau ka ho sa feleng,+ 55 feela jwalo ka ha a ile a bolella baholoholo ba rona e leng Abrahama le ditloholo*+ tsa hae.” 56 Maria a dula le yena dikgwedi tse ka bang tharo yaba o kgutlela hae.

57 Nako ya hore Elizabetha a pepe ya fihla yaba o ba le ngwana moshanyana. 58 Baahisani le beng ka yena ba utlwa hore Jehova* o mo hauhetse haholo yaba ba thaba le yena.+ 59 Ka letsatsi la borobedi ba tla ho tla bolotsa ngwana.+ Ba ne ba rerile ho mo rehella ka ntate wa hae Zakaria. 60 Empa mme wa hae a re: “Tjhe! Lebitso la hae ke Johanne.” 61 Yaba ba re ho yena: “Empa ha ho le ya mong wa beng ka wena ya rehilweng lebitso lena.” 62 Jwale ba buisana le ntate wa ngwana ka puo ya matsoho ba mo botsa hore na o batla hore ngwana a rehwe mang. 63 A kopa hore ba mo fe lepolanka le sephara mme a ngola mantswe ana: “Lebitso la hae ke Johanne.”+ Yaba kaofela ba a makala. 64 Hanghang molomo wa hae wa buleha, leleme la raroloha yaba o a bua+ o rorisa Modimo. 65 Batho bohle ba phelang tikolohong eo ba tshoha mme dintho tsena kaofela tsa buuwa hohle dithabeng tsa Judea. 66 Bohle ba neng ba di utlwile ba ile ba dula ba nahana ka tsona mme ba ipotsa ba re: “Hantlentle ngwana eo e tla ba eng ha a se a le moholo?” Ba ne ba tjho jwalo hobane ba hlokomela hore Jehova* o ne a ena le yena.*

67 Zakaria a tlala moya o halalelang mme a profeta a re: 68 “Ho roriswe Jehova* Modimo wa Iseraele+ hobane o hauhetse batho ba hae ebile o ba lopolotse.+ 69 O re hlahiseditse mopholosi ya matla*+ ntlong ya mohlanka wa hae Davida,+ 70 feela jwalo ka ha a boletse ka baprofeta ba hae ba halalelang ho tloha kgale.+ 71 O ile a bolela hore o tla re pholosa matsohong a dira tsa rona le ho bohle ba re hloileng.+ 72 Hape o tla phethahatsa mantswe ao a a boleletseng baholoholo ba rona a be a ba hauhele. O tla hopola selekane+ sa hae se halalelang 73 e leng kano eo a ileng a e etsetsa moholoholo wa rona Abrahama+ 74 ya hore o tla re pholosa matsohong a dira ebe ka mora moo o re fa monyetla o ikgethang wa ho mo etsetsa mosebetsi o halalelang re sa tshabe letho, 75 re tshepahala re bile re lokile ka pela hae ka matsatsi ohle. 76 Empa wena ngwanaka, o tla bitswa moprofeta wa Modimo Ya Phahameng ka ho Fetisisa ka ha o tla tsamaya ka pela Jehova* ho lokisa ditsela tsa hae,+ 77 ho fa batho ba hae molaetsa wa hore o tla ba pholosa ka hore a ba tshwarele dibe.+ 78 Modimo o tla etsa jwalo hobane a le mohau. Ka lebaka la mohau ona re tla bona kganya e tswang lehodimong e tshwanang le ya ha letsatsi le tjhaba. 79 E tla kgantshetsa ba dutseng lefifing le moriting wa lefu+ le ho tataisetsa maoto a rona tseleng ya kgotso.”

80 Ngwana e monyenyane a nna a hola yaba o tlala moya wa Modimo ho fihlela nako ya hore a ye ho Baiseraele e fihla.

2 Mehleng eo Sesare Augustase a laela hore batho bohle ba tlasa puso ya hae* ba ngodiswe. 2 Ba ngodisitse ka lekgetlo la pele ha Kuirinease e ne e le mmusisi wa Siria. 3 Ka hoo, batho kaofela ba ya metseng ya habo bona ho ya ngodiswa. 4 Ka ha Josefa+ le yena o ne a tswa lelokong la Davida, o ile a tloha motseng wa Nazaretha o Galilea a ya Judea motseng wa Davida o bitswang Bethlehema.+ 5 A tsamaya le Maria hore ba yo ngodiswa. Maria o ne a lebeleditswe ke Josefa+ hape a le haufi le ho ba le ngwana.+ 6 Nako ya hore Maria a pepe ya fihla ba ntse ba le moo. 7 A tswala ngwana moshanyana+ yaba o mo thatela ka masela o mo beha ka sejelong*+ hobane ha ba a ka ba fumana sebaka ntlong ya baeti.

8 Sebakeng seo ho ne ho ena le badisa ba dulang naheng ba lebela mehlape ya bona bosiu. 9 Lengeloi la Jehova* la ema pela bona ba sa lebella. Kganya ya Jehova* ya ba potapota yaba ba tshoha haholo. 10 Empa lengeloi la re ho bona: “Le se ke la tshoha hobane ke le tliseditse molaetsa o monate, o tla thabisa batho bohle haholo. 11 Kajeno le tswaletswe mopholosi+ motseng wa Davida,+ ke Kreste Morena wa lona.+ 12 Lesea leo le tla le fumana le thatetswe ka masela le behilwe ka sejelong, le tsebe hore ke yena.” 13 Hanghang lebotho la mangeloi+ la ema le lengeloi leo yaba a rorisa Modimo a re: 14 “Ho roriswe Modimo ya mahodimong le batho bao a ba ratang lefatsheng ba be le kgotso.”

15 Ha mangeloi a se a kgutletse lehodimong, badisa ba buisana ba re: “A re yeng Bethlehema re bone ntho ena e etsahetseng eo Jehova* a re jwetsitseng yona.” 16 Hanghang ba tloha yaba ba fumana Maria le Josefa ha mmoho le lesea le robetseng ka sejelong. 17 Ha ba bona lesea leo, ba phetela batho molaetsa oo ba o boleletsweng ka lona. 18 Batho bohle ba ile ba makala ha ba utlwa ditaba tsa badisa bao 19 empa Maria a dula a hopola ditaba tsena kaofela+ le ho nahanisisa ka hore na di bolelang. 20 Badisa ba kgutlela mehlapeng ya bona ba ntse ba rorisa Modimo ka dintho tsohle tseo ba di utlwileng le ho di bona hobane di etsahetse hantle jwalo ka ha ba ne ba di boleletswe.

21 Ka letsatsi la borobedi e ne e le nako ya hore ngwana eo a bolotswe+ yaba o rehwa Jesu e leng lebitso leo a ileng a le fuwa ke lengeloi le pele Maria a ima.+

22 Hape nako ya fihla ya hore ho etswe mokete wa tlhwekiso o hlahang Molaong wa Moshe,+ ka hoo ba isa Jesu Jerusalema ho mo hlahisa ho Jehova* 23 feela jwalo ka ha Molao wa Jehova* o itse: “Ngwana e mong le e mong e motona wa letsibolo* o tla bitswa ya halalelang ho Jehova.”*+ 24 Ba nyehela sehlabelo ho ya ka Molao wa Jehova* o reng: “Le lokela ho fana ka maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi.”+

25 Ho ne ho ena le monna e mong wa Jerusalema ya bitswang Simeone. Monna enwa o ne a lokile, a hlompha Modimo, a emetse nako ya hore Modimo a matlafatse Iseraele+ hape a ena le moya o halalelang. 26 Ho feta moo, Modimo o ne a mo senoletse ka moya o halalelang hore a ke ke a shwa pele a bona Kreste wa Jehova.* 27 Jwale moya wa tataisetsa Simeone ka tempeleng yaba batswadi ba Jesu ba a mo tlisa e le hore ba ka etsa dintho tseo Molao o reng di etswe bakeng sa hae.+ 28 Simeone a nka ngwana, a rorisa Modimo a re: 29 “Mmusi wa Dintho Tsohle, ke bone ngwana jwalo ka ha o ntshepisitse, jwale nka itjhwella ka kgotso+ 30 hobane ke bone tsela eo o tlo pholosa batho ka yona+ 31 e leng motho eo o faneng ka yena hore ditjhaba tsohle di mo bone.+ 32 Ke lesedi+ le tlosang lesira la lefifi ho ditjhaba+ ebile ke kganya ya setjhaba sa hao sa Iseraele.” 33 Ntate wa hae le mme wa hae ba makatswa ke dintho tse buuwang ka yena. 34 Simeone a ba hlohonolofatsa yaba o re ho Maria: “Ba bang ba batho ba Iseraele ba tla wa,+ ba bang ba eme ka lebaka la ngwana enwa.+ Hape batho ba bangata ba tla mo bua hampe+ le hoja Modimo a tla bontsha batho hore o na le yena. 35 O kgethilwe e le hore dintho tse ka dipelong tsa batho ba bangata di ka senoleha. Ha e le wena, o tla utlwa bohloko jwalo ka ha eka o hlabilwe ke sabole e telele.”+

36 Ho ne ho ena le moprofeta e mong ya bitswang Anna ya neng a hodile haholo, e ne e le moradi wa Fanuele wa leloko la Ashere. O phetse le monna wa hae dilemo tse supileng feela ka mora hore ba nyalane. 37 E ne e le mohlolohadi ya dilemo di 84. O ne a dula a le teng tempeleng a sebeletsa Modimo bosiu le motshehare ka ho itima dijo le ka ho etsa dithapelo tse matla. 38 Ha Josefa le Maria ba ntse ba le ka tempeleng a atamela, a leboha Modimo a ba a bua ka ngwana eo ho bohle ba neng ba emetse hore Jerusalema e lopollwe.+

39 Ka hoo, ha ba se ba entse dintho tsohle tse hlahang molaong wa Jehova,*+ ba kgutlela habo bona Nazaretha+ e Galilea. 40 Ngwana eo e monyenyane a hola, a ba matla, a ba bohlale mme Modimo a nna a ba le yena.+

41 Batswadi ba hae ba ne ba tlwaetse ho ya Jerusalema selemo le selemo bakeng sa mokete wa Paseka.+ 42 Ha a le dilemo di 12 ba ya moketeng oo jwalo ka ha ba ne ba tlwaetse.+ 43 Ha mokete o fela ba kgutlela hae empa Jesu a sala Jerusalema ba sa hlokomela. 44 Ka ha ba ne ba nka hore o sehlopheng seo ba tsamayang le sona, ba tsamaya letsatsi lohle. Ka mora moo ba qala ho mo batla hara beng ka bona le metswalle. 45 Yare ha ba sa mo fumane ba kgutlela Jerusalema ba mo batla hohle. 46 Ka mora matsatsi a mararo ba mo fumana ka tempeleng a dutse hara mesuwe, a e mametse a bile a e botsa dipotso. 47 Empa bohle ba neng ba mo mametse ba ne ba makatswa ke dikarabo tsa hae le hore o tseba dintho tse ngata.+ 48 Ha batswadi ba hae ba mo bona ba makala yaba mme wa hae o re ho yena: “Ngwanaka, o re etseditseng tjee? Nna le ntate wa hao re ne re tshwenyehile re ntse re o batla.” 49 Empa a re ho bona: “Ke hobaneng ha le ne le mpatla? Na le ne le sa tsebe hore ke ka tlung ya Ntate?”+ 50 Empa ba ne ba sa utlwisise hore na o bolelang.

51 Yaba o theoha le bona o kgutlela Nazaretha. O ile a tswela pele ho mamela batswadi ba hae.+ Hape mme wa hae o ile a dula a hopola dintho tsena kaofela.+ 52 Ha Jesu a ntse a hola a nna a ba bohlale mme o ne a ratwa ke Modimo le batho.

3 Ka selemo sa bo15 sa puso ya Tiberiuse Sesare, Ponse Pilato e ne e le mmusisi wa Judea. Heroda*+ e ne e le mmusi wa setereke wa Galilea, Filipi ngwanabo e le mmusi wa setereke wa naha ya Iturea le Trakonitise, Lisaniase yena e le mmusi wa setereke wa Abilene. 2 E ne e le mehleng ya Kaifase+ le moprista e moholo Anase. Ka nako eo, ha Johanne+ mora wa Zakaria a le lefeelleng,+ Modimo a bua le yena.

3 Johanne a ya metseng yohle e potolohileng Jordane, a bolella batho hore ba kolobetswe ho bontsha hore ba bakile e le hore ba tshwarelwe dibe+ 4 jwalo ka ha ho ngotswe mantswe ana bukeng ya moprofeta Esaia: “Ho na le motho ya hweletsang lefeelleng a re: ‘Lokisang tsela ya Jehova,* otlollang ditsela tsa hae.+ 5 Kgohlo e nngwe le e nngwe e katwe, thaba e nngwe le e nngwe le leralla di batalatswe, ditsela tse sa otlolohang di otlollwe le tse mpe di lokiswe 6 mme bohle ba tla bona tsela eo Modimo a tla pholosa batho ka yona.’”+

7 Ha letshwele le tla ho yena hore le tlo kolobetswa, a re ho lona: “Madinyane a dinoha tsa marabe, ke mang ya le hlokomedisitseng hore le balehe bohale bo tlang?+ 8 Qalang pele ka hore le bontshe* hore le bakile. Le se ke la re Abrahama ke ntate wa lona hobane Modimo a ka mo hlahisetsa bana le ka majwe ana. 9 Ke a le bolella hore selepe se se se le metsong ya difate. Sefate se seng le se seng se sa beheng ditholwana tse ntle se tla rengwa mme se lahlelwe mollong.”+

10 Letshwele le ile la re ho yena: “Jwale re etseng?” 11 A re ho bona: “Motho ya nang le diaparo tse pedi* a arolelane le ya se nang letho, ya nang le dijo le yena a fe ya se nang tsona.”+ 12 Le babokelli ba lekgetho ba ile ba tla hore ba kolobetswe+ yaba ba re ho yena: “Mosuwe, re etse jwang?” 13 A re ho bona: “Le se ke la patadisa batho ho feta ka moo le lokelang ho ba patadisa ka teng.”+ 14 Masole le ona a ile a re: “Rona re etseng?” Yaba o re: “Le se ke la hlekefetsa mang kapa mang kapa la qosa motho ka diqoso tsa bohata+ empa le kgotsofalle moputso wa lona.”

15 Ka ha batho ba ne ba lebeletse Kreste, ba ne ba ipotsa hore na ebe Johanne ke yena Kreste.+ 16 Johanne a re ho bona kaofela: “Nna ke le kolobetsa ka metsi empa ho na le ya matla ho mpheta ya tlang, eo ke sa tshwaneleheng ho fasolla marapo a dieta* tsa hae.+ O tla le kolobetsa ka moya o halalelang le ka mollo.+ 17 O tshwere kgarafu ya hae e olosang. O tla hlwekisa seotlo sa hae ka ho felletseng, a bokelle koro ka setorong sa hae empa o tla tjhesa mmoko ka mollo o ke keng wa tima.”

18 Yaba o ba eletsa ka ditsela tse ngata le ho ba bolella ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo. 19 Johanne o ne a ile a kgalemela Heroda mmusi wa setereke, a mo kgalemella Herodiase mosadi wa abuti wa hae le dintho tse mpe tseo a di entseng 20 yaba Heroda o etsa ntho e nngwe hape e mpe ka hore a kwalle Johanne teronkong.+

21 Jesu le yena a kolobetswa ha batho ba bang bohle ba kolobetswa.+ Ha a ntse a rapela, lehodimo la buleha,+ 22 moya o halalelang wa theohela hodima hae o le jwalo ka leeba yaba lentswe le tswa lehodimong le re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlisang.”+

23 Ha Jesu+ a qala mosebetsi wa hae o ne a ka ba dilemo di 30.+ O ne a tsebahala e le mora

wa Josefa,+

mora wa Heli,

24 mora wa Mathate,

mora wa Levi,

mora wa Melki,

mora wa Jannai,

mora wa Josefa,

25 mora wa Matathiase,

mora wa Amose,

mora wa Nahume,

mora wa Esli,

mora wa Nagai,

26 mora wa Maathe,

mora wa Matathiase,

mora wa Semeine,

mora wa Joseke,

mora wa Joda,

27 mora wa Joanane,

mora wa Resa,

mora wa Zorobabele,+

mora wa Shalatiele,+

mora wa Neri,

28 mora wa Melki,

mora wa Adi,

mora wa Kosame,

mora wa Elmadame,

mora wa Ere,

29 mora wa Jesu,

mora wa Eliezere,

mora wa Jorime,

mora wa Mathate,

mora wa Levi,

30 mora wa Simeone,

mora wa Judase,

mora wa Josefa,

mora wa Jonama,

mora wa Eliakime,

31 mora wa Melea,

mora wa Mena,

mora wa Matatha,

mora wa Nathane,+

mora wa Davida,+

32 mora wa Jese,+

mora wa Obede,+

mora wa Boase,+

mora wa Salmone,+

mora wa Nashone,+

33 mora wa Aminadabe,

mora wa Arni,

mora wa Hezrone,

mora wa Pereze,+

mora wa Juda,+

34 mora wa Jakobo,+

mora wa Isaka,+

mora wa Abrahama,+

mora wa Tera,+

mora wa Nakore,+

35 mora wa Seruge,+

mora wa Reu,+

mora wa Pelege,+

mora wa Ebere,+

mora wa Shela,+

36 mora wa Kainane,

mora wa Arpakshade,+

mora wa Sema,+

mora wa Noe,+

mora wa Lameke,+

37 mora wa Methusela,+

mora wa Enoke,

mora wa Jarede,+

mora wa Mahalaliele,+

mora wa Kainane,+

38 mora wa Enoshe,+

mora wa Setha,+

mora wa Adama,+

mora wa Modimo.

4 Jesu a tloha nokeng ya Jordane. O ne a tletse moya o halalelang o ileng wa mo tataisetsa lefeelleng.+ 2 Yaba o qeta matsatsi a 40 moo a sa je. Ka mora matsatsi ao, a utlwa a lapile yaba Diabolose o a tla ho tla mo leka.+ 3 Diabolose a re ho yena: “Haeba o mora wa Modimo, bolella lejwe lena hore le fetohe bohobe.” 4 Empa Jesu a re: “Mangolo a re: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.’”+

5 Ka hoo, Diabolose a mo isa hodimo thabeng mme a mo bontsha mebuso yohle ya lefatshe ka nako le motsotso.+ 6 Yaba Diabolose o re ho yena: “Ke tla o fa matla a ho laola mebuso ena kaofela le kganya ya yona hobane ke ya ka+ mme nka e fa mang kapa mang eo ke batlang ho mo fa yona. 7 Jwale haeba o ka nthapela,* ke tla o fa yona kaofela.” 8 Jesu a re ho yena: “Mangolo a re: ‘Ke Jehova* Modimo wa hao eo o lokelang ho mo rapela ebile ke yena feela eo o lokelang ho mo sebeletsa.’”+

9 Diabolose a mo isa Jerusalema, a mo emisa hodima tora* ya tempele yaba o re ho yena: “Haeba o mora wa Modimo, itihele fatshe+ 10 etswe Mangolo a re: ‘O tla romela mangeloi a hae ho wena hore a o sireletse. 11 A tla o jara ka matsoho e le hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.’”+ 12 Jesu a re ho yena: “Ho itswe: ‘O se ke wa leka Jehova* Modimo wa hao.’”+ 13 Ha Diabolose a qetile ho mo leka, a mo tlohela yaba o emela hore monyetla o mong o hlahe.+

14 Jesu a kgutlela Galilea+ a tletse matla a moya o halalelang. Diketso tsa hae tse ntle tsa tsebahala dibakeng tsohle tse haufi le moo. 15 A qala ho ruta ka matlung a bona a thapelo* mme batho bohle ba ne ba mo hlompha.

16 Yaba Jesu o ya Nazaretha+ moo a holetseng teng. A kena ka tlung ya thapelo* ka letsatsi la Sabatha+ jwalo ka ha a ne a tlwaetse yaba o a ema e le hore a bale. 17 A nehwa moqolo wa moprofeta Esaia, a o bula yaba o bala moo ho ngotsweng mantswe a reng: 18 “Moya wa Jehova* o hodima ka hobane o nkgethetse* hore ke bolelle bafutsana ditaba tse monate. O nthometse hore ke phatlalatse tokoloho ho batshwaruwa, ke bule mahlo a ba sa boneng, ke lokolle ba hateletsweng+ 19 le ho phatlalatsa selemo sa Jehova* sa ho hlohonolofatsa batho.”+ 20 Yaba o phutha moqolo oo, o o busetsa ho mohlanka wa ntlo ya thapelo* mme o dula fatshe. Bohle ba ka tlung ya thapelo ba ne ba mo shebile ka hloko. 21 Jwale a re ho bona: “Kajeno lengolo lena leo le sa tswa le utlwa le phethahetse.”+

22 Kaofela ba mo bua hantle le ho tsota dintho tse monate tseo a di buang+ ba re: “Na ha se mora wa Josefa eo?”+ 23 Yaba o re ho bona: “Ke a tseba hore le tla qotsa mantswe ana: ‘Ngaka iphekole,’ ebe le re ho nna: ‘Dintho tseo re utlwileng hore di etsahetse Kapernauma+ di etse le mona heno.’ 24 Ka nnete ke a le bolella hore moprofeta ha a amohelwe ha habo.+ 25 Mohlala, ke a le bolella, ho ne ho ena le bahlolohadi ba bangata Iseraele mehleng ya Elia ha lehodimo le ne le kwetswe ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng mme tlala e aparetse naha kaofela.+ 26 Empa Elia o ile a rongwa ho mohlolohadi e mong wa Sarepta naheng ya Sidone+ eseng ho e mong wa bahlolohadi bao. 27 Hape ho ne ho ena le balepera ba bangata Iseraele mehleng ya moprofeta Elisha empa ha fodiswa Naamane wa Siria feela.”+ 28 Bohle ba neng ba le ka tlung ya thapelo ba ileng ba utlwa ditaba tsena ba halefa.+ 29 Yaba ba a ema ba mo potlakisetsa ka ntle ho motse, ba mo isa selomong sa thaba eo motse wa bona o neng o ahilwe hodima yona e le hore ba mo dihele. 30 Empa a feta hara bona yaba o a itsamaela.+

31 A theohela motseng wa Galilea o bitswang Kapernauma. Ka Sabatha o ne a ruta batho+ 32 mme ba ne ba tsota tsela eo a rutang ka yona+ hobane ha a bua ho ne ho utlwahala hore o fuwe matla ke Modimo. 33 Ka tlung ya thapelo ho ne ho ena le motho ya nang le modemona yaba o a hweletsa o re:+ 34 “O batlang ho rona Jesu wa Monazaretha?+ Na o tlo re fedisa? Ke tseba hantle hore na o mang, o Mohlanka ya Halalelang wa Modimo.”+ 35 Empa Jesu a kgalemela modemona eo ka thata a re: “Thola, o tswe ho yena!” Ka hoo, modemona eo a akgela motho eo fatshe hara bona yaba o tswa ho yena o sa mo ntsha kotsi. 36 Batho bohle ba makala yaba ba re: “A ko utlwe feela hore na mantswe a hae a matla hakae. Le bademona ba a mo mamela ebe ba tswa ho batho.” 37 Ka hoo, ditaba tsa hae tsa nna tsa hasana dibakeng tsohle tse haufi le moo.

38 Jesu a tswa ka tlung ya thapelo a ya ha Simone. A fumana mohwehadi wa Simone* a tshwerwe ke feberu e bohale yaba ba kopa Jesu hore a mo thuse.+ 39 Ka hoo, a ema pela hae a mo fodisa. Hanghang mohwehadi wa Simone a tsoha yaba o ba etsetsa dijo.

40 Empa ha letsatsi le dikela, batho bohle ba neng ba ena le bakudi ba tshwerweng ke mafu a sa tshwaneng ba tlisa bakudi bao ho yena. O ne a ba fodisa ka ho ba beha matsoho.+ 41 Hape o ile a ntsha bademona bathong ba bangata. Bademona bao ba ne ba hweletsa ba re: “O Mora wa Modimo.”+ Empa o ile a ba kgalemela ka matla, a sa ba dumelle ho bua+ hobane ba ne ba tseba hore ke Kreste.+

42 Ha e eba motshehare a tloha a ya moo a leng mong+ empa batho ba qala ho mo tsoma. Ha ba mo fumana ba leka ho mo thiba hore a se ke a ba siya. 43 Empa a re ho bona: “Ke tlameha ho ya metseng e meng ke hase molaetsa ona o monate wa Mmuso wa Modimo hobane ke rometswe ho etsa jwalo.”+ 44 Ka hoo, a ya matlung a thapelo a Judea ho ya ruta.

5 Ka lekgetlo le leng, letshwele le ne le petetsane le mo mametse ha a ntse a ruta lentswe la Modimo a eme ka thoko ho letsha la Genesarete.*+ 2 A bona dikepe tse pedi di eme lebopong la letsha, batshwasi ba ditlhapi ba tswile ka ho tsona ba hlatswa matlowa.+ 3 Yaba o kena ka sekepeng sa Simone o mo kopa hore a se hulele hojana le lebopo. Ka mora moo, a dula fatshe yaba o ruta letshwele a le ka sekepeng. 4 Ha a qetile ho bua le letshwele a re ho Simone: “Se hulele moo ho tebileng ebe le theolela matlowa tlase hore le tshwase ditlhapi.” 5 Empa Simone a re: “Mosuwe, re sehlile bosiu bohle empa ha re a tshwasa letho,+ feela ke tla theola matlowa jwalo ka ha o tjho.” 6 Eitse ha ba a theola, ba tshwasa ditlhapi tse ngata hoo matlowa a bona a ileng a taboha.+ 7 Ka hoo, ba hwehla metswalle ya bona e ka sekepeng se seng hore e tlo ba thusa mme ya tla. Ba tlatsa dikepe tseo ka bobedi hoo di ileng tsa batla di teba. 8 Ha Simone Petrose a bona dintho tsena, a itihela fatshe ka pela Jesu a re: “Morena, tloha ho nna hobane ke moetsadibe.” 9 O ne a tjho jwalo hobane yena le bohle ba neng ba ena le yena ba ne ba makaditswe haholo ke ditlhapi tse ngata tseo ba di tshwasitseng. 10 Jakobo le Johanne bara ba Zebedea+ bao e neng e le basebetsimmoho le Simone, le bona ba ne ba maketse haholo. Jesu a re ho Simone: “O se ke wa tshoha. Ho tloha hona jwale, o tla tshwasa batho.”+ 11 Ka hoo, ba kgutlisetsa dikepe lebopong, ba tlohela ntho e nngwe le e nngwe yaba ba a mo latela.+

12 Ka lekgetlo le leng ha a le motseng o mong, monna e mong ya tletseng lepera a mo bona yaba o a mo kgumamela o re: “Morena, haeba feela o batla, o ka ntlhwekisa.”+ 13 Ka hoo, Jesu a otlolla letsoho a mo tshwara yaba o re: “Ke a batla, hlweka.” Lepera la nyamela hanghang.+ 14 Jesu a laela monna eo hore a se ke a bolella mang kapa mang. A re ho yena: “Tsamaya o ye ho moprista a o bone mme o etse dinyehelo tseo Moshe a itseng di etswe e le hore o hlweke,+ hore e be bopaki ho baprista.”+ 15 Empa dintho tseo Jesu a di entseng tsa tsebahala le ho feta. Ka hoo, batho ba bangata ba tla ho yena ho tla mo mamela le hore ba phekolwe mafu.+ 16 O ne a tlwaetse ho ya moo a leng mong hore a yo rapela.

17 Ka letsatsi le leng ha a ntse a ruta, mesuwe ya Molao le Bafarisi ba tswang Jerusalema le metseng yohle ya Galilea le Judea ba ne ba dutse moo. Jehova* o ne a mo file matla a hore a fodise batho.+ 18 Ho ne ho ena le monna e mong ya shweleng ditho ya neng a kakasitswe ke batho ka lempara. Ba ile ba leka ho mo kenya ka tlung le ho mo beha ka pela Jesu+ 19 empa ba ne ba sa kgone hobane batho ba ne ba le bangata haholo. Ka hoo, ba hlwella ka hodima ntlo, ba phunya marulelo, ba mo theolela tlase ka lempara ba mo beha ka pela Jesu. 20 Ha Jesu a bona ka moo ba nang le tumelo ka teng a re: “Monna heso, o tshwaretswe dibe.”+ 21 Bangodi le Bafarisi ba re: “Ke mang enwa ya nyefolang? Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?”+ 22 Ka ha Jesu o ne a tseba hore na ba nahanang, a re ho bona: “Ke hobaneng ha le nahana dintho tse jwalo? 23 Ke hofe ho bonolo? Na ke ho re: ‘O tshwaretswe dibe’ kapa ho re: ‘Ema o tsamaye’? 24 Empa e le hore le tsebe hore Mora motho o na le matla a ho tshwarela dibe lefatsheng . . . ” a re ho motho ya shweleng ditho: “Ke re ho wena, ema o nke lempara la hao o ye hae.”+ 25 A ema hanghang ba ntse ba mo shebile, a nka lempara la hae a ya hae a ntse a rorisa Modimo. 26 Batho bohle ba hlollwa haholo yaba ba qala ho tlotlisa Modimo ba re: “Re qala ho bona ntho e tjena!”

27 Ka mora moo, a tsamaya yaba o bona mmokelli wa lekgetho ya bitswang Levi a dutse ofising ya lekgetho. A re ho yena: “Eba molatedi wa ka.”+ 28 A siya ntho e nngwe le e nngwe a ema yaba o a mo latela. 29 Levi o ne a mo etseditse mokete o moholo ha hae. Ho ne ho ena le babokelli ba lekgetho ba bangata le batho ba bang ba dutseng ha mmoho tafoleng ba ja.+ 30 Yaba Bafarisi le bangodi ba bona ba qala ho korotlela barutuwa ba hae ba re: “Ke hobaneng ha le ja le bile le nwa le babokelli ba lekgetho le baetsadibe?”+ 31 Jesu a re ho bona: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang ba a e hloka.+ 32 Ha ke a tlela batho ba lokileng, ke tletse ho phehella baetsadibe hore ba bake.”+

33 Ba re ho yena: “Barutuwa ba Johanne le ba Bafarisi ba atisa ho itima dijo ebile ba etsa dithapelo tse matla empa ba hao ba a ja ebile ba a nwa.”+ 34 Jesu a re ho bona: “Na metswalle ya monyadi e na le lebaka la ho itima dijo ha monyadi a ntse a ena le yona? 35 Ho na le nako eo monyadi+ a tla tloswa ho metswalle ya hae, jwale ke hona e tla itima dijo.”+

36 A boela a etsa papiso a re: “Ha ho motho ya sehang lesela seaparong se setjha ebe o le rokella ho sa kgale. Haeba a ka etsa jwalo, lesela le letjha le tla tabola seaparo sa kgale ebile ha le na ho tshwana le lesela la seaparo sa kgale.+ 37 Hape ha ho motho ya ka tshelang veine e ntjha ka makukeng* a kgale a veine. Ha a ka etsa jwalo, veine e tla phatlola makuka ao e qhalane ebe a a senyeha. 38 Empa veine e ntjha e tshelwa ka makukeng a veine a matjha. 39 Ha ho motho ya ka batlang veine e ntjha ka mora ho nwa ya kgale hobane o re: ‘Ya kgale e monate.’”

6 Ka letsatsi le leng ha Jesu a ntse a tsamaya hara masimo a koro* ka sabatha, barutuwa ba hae ba kga koro,+ ba e hohla ka matsoho yaba ba a e ja.+ 2 Bafarisi ba bang ba re: “Ke hobaneng ha le etsa ntho eo le sa lokelang ho e etsa ka Sabatha?”+ 3 Jesu a re ho bona: “Na ha le a ka la bala hore na Davida o ile a etsang ha yena le banna ba neng ba ena le yena ba lapile?+ 4 Hore o ile a kena ka tlung ya Modimo yaba ba ja bohobe bo halalelang* boo molao o sa dumelleng mang kapa mang ho bo ja haese baprista feela?”+ 5 Yaba o re ho bona: “Mora motho ke Morena wa Sabatha.”+

6 Ka le leng hape ha e le sabatha+ a kena ka tlung ya thapelo* yaba o qala ho ruta. Ho ne ho ena le monna ya omeletseng* letsoho le letona.+ 7 Bangodi le Bafarisi ba ne ba mo shebile ka hloko ho bona hore na o tla fodisa monna eo ka Sabatha e le hore ba fumane lebaka la ho mo qosa. 8 Ka ha o ne a tseba hore na ba nahanang,+ a re ho monna ya omeletseng* letsoho: “Phahama o eme bohareng mona.” A phahama a ema moo. 9 Jesu a re ho bona: “Mpolelleng, na molao o dumella motho ho etsa ketso e ntle kapa e mpe ka Sabatha, ho pholosa kapa ho bolaya?”+ 10 A ba ya ka mahlo kaofela yaba o re ho monna eo: “Otlolla letsoho la hao.” A etsa jwalo yaba le a fola. 11 Ba halefa yaba ba a buisana hore na ba ka etsang ka Jesu.

12 Ka letsatsi le leng, Jesu a ya thabeng ho ya rapela Modimo,+ a qeta bosiu moo a ntse a rapela.+ 13 Yare ha e eba motshehare, a bitsa barutuwa ba hae yaba o kgetha ba 12 o ba bitsa baapostola. Bona ke:+ 14 Simone eo a ileng a mo bitsa Petrose le Andrease ngwanabo, Jakobo, Johanne, Filipi,+ Bartholome, 15 Matheu, Thomase,+ Jakobo mora wa Alfiase, Simone ya bitswang “ya tjhesehang,” 16 Judase mora wa Jakobo le Judase Iskariota eo qetellong a ileng a mo rekisa.*

17 Yaba o theoha thabeng le bona mme o ema sebakeng se motsitsa. Letshwele le leholo la barutuwa ba hae le ne le le teng ha mmoho le batho ba bangata ba tswang hohle Judea, Jerusalema le sebakeng se lebopong la lewatle sa Tire le Sidone. Ba ne ba tletse ho tla mo mamela le ho fodiswa. 18 Esita le ba kgathatswang ke bademona ba ne ba phekolwa. 19 Ha batho ba ne ba mo tshwara, matla a ne a tswa ho yena+ ebe ba a fola. Ka hoo, batho kaofela ba ne ba batla ho mo tshwara.

20 Yaba o sheba barutuwa ba hae o re:

“Ho thaba lona bafutsana hobane Mmuso wa Modimo ke wa lona.+

21 Ho thaba lona ba lapileng hona jwale hobane le tla kgoriswa.+

Ho thaba lona ba llang hona jwale hobane le tla tsheha.+

22 Ho thaba lona neng kapa neng ha batho ba le hloya,+ ba le kgetholla,+ ba le rohaka ba bile ba re le kgopo ka lebaka la Mora motho. 23 Ka letsatsi leo le thabe, le tlolatlole ke thabo hobane moputso wa lona o moholo mahodimong ka ha ke tsona dintho tseo baholoholo ba bona ba neng ba di etsa ho baprofeta.+

24 Empa ho madimabe lona barui+ hobane le se le amohetse matshediso a lona a feletse.+

25 Ho madimabe lona ba kgotsheng hobane le tla lapa.

Ho madimabe lona ba tshehang hobane le tla utlwa bohloko le lle.+

26 Ho madimabe lona neng kapa neng ha batho ba le bua hantle+ hobane baholoholo ba bona ba entse jwalo ka baprofeta ba bohata.

27 Empa nna ke re ho lona ba mametseng, le nne le rate dira tsa lona, ba le hloileng le ba etse hantle,+ 28 le kope Modimo hore a hlohonolofatse ba le lakaletsang bomadimabe hape le rapelle ba le rohakang.+ 29 Ya o otlang lerameng, o mo nehe le leng hape mme ya o amohang seaparo sa hao o mo tlohele a nke le se seng.+ 30 Ha motho a o kopa ntho o mo fe,+ le ya nkang dintho tsa hao o se ke wa re a di kgutlise.

31 Hape le etse batho dintho tseo le batlang hore ba le etse tsona.+

32 Thuso ke efe haeba le rata batho ba le ratang feela? Etswe le baetsadibe ba etsa ntho e tshwanang.+ 33 Ho na le molemo ofe haeba le thusa ba le thusang feela? Etswe le baetsadibe ba etsa ntho e tshwanang. 34 Hape ho na le thuso efe haeba le adima* feela bao le nahanang hore ba tla le patala?+ Le baetsadibe ba adima baetsadibe ba bang hobane ba nahana hore ba tla patala sohle seo ba se kolotang. 35 Empa lona le nne le rate dira tsa lona, le etse dintho tse lokileng le be le adime batho le sa lebella hore ba le patale.+ Moputso wa lona o tla ba moholo mme le tla ba bara ba Modimo Ya Phahameng ka ho Fetisisa hobane o mosa ho ba se nang teboho le ba sa lokang.+ 36 Tswelang pele ho ba mohau feela jwalo ka ha Ntate wa lona a le mohau.+

37 Kgaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahlolwa.+ Hape le kgaotse ho tshwaya ba bang diphoso e le hore le lona le se ke la tshwauwa diphoso. Le tshwarele* batho ba bang e le hore le lona le tshwarelwe.*+ 38 Itlwaetseng ho fana mme batho ba tla le fa.+ Ba tla tshela tekanyo e kgolo ka mamenong a diaparo tsa lona, ba e hatelle, ba e hlokohle e be e tsholohe. Batho ba tla le tshwara ka tsela eo le ba tshwarang ka yona.”*

39 A ba etsetsa papiso e nngwe hape a re: “Na batho ba babedi ba sa boneng ba ka tataisana? Haeba ba ka etsa jwalo, ba tla wela ka sekoting ba le babedi.+ 40 Morutuwa ha a phahamela mosuwe wa hae empa e mong le e mong ya rupetsweng hantle o tla ba jwalo ka mosuwe wa hae. 41 Ke hobaneng ha o sheba lehlokwana le ka leihlong la ngwaneno empa wena o sa bone lepolanka* le ka leihlong la hao?+ 42 Ke jwang o ka reng ho ngwaneno: ‘Ngwaneso, ere ke ntshe lehlokwana le ka leihlong la hao’ empa wena o sa bone lepolanka le ka leihlong la hao? Wena moikaketsi, ntsha lepolanka le ka leihlong la hao pele, o tsebe ho bona hantle hore na o ka ntsha lehlokwana le ka leihlong la ngwaneno jwang.

43 Sefate se setle se ke ke sa hlahisa ditholwana tse bodileng, se bodileng se ke ke sa hlahisa ditholwana tse ntle.+ 44 Ka ha sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona.+ Batho ha ba bokelle difeie* kapa morara sehlahleng se meutlwa. 45 Motho ya lokileng o bua dintho tse ntle hobane ho tletse tsona ka letlotlong la pelo ya hae e ntle empa motho ya kgopo o bua dintho tse mpe hobane ho tletse tsona ka letlotlong la pelo ya hae e mpe. Motho o bua dintho tse tletseng ka pelong ya hae.+

46 Ke hobaneng ha le mpitsa Morena empa le sa mmamele?+ 47 Motho e mong le e mong ya tlang ho nna, a utlwa mantswe a ka a bile a a phetha+ 48 o tshwana le monna eo e reng ha a haha ntlo a tjheke ho ya tlase ebe o e haha hodima letlapa. Ha morwallo o fihla metsi a ile a otla ntlo eo empa ha a ka a e sisinya hobane e ne e hahilwe hantle.+ 49 Athe ya utlwang empa a sa phethe,+ o tshwana le motho ya ileng a haha ntlo mobung e se na motheo. Ha morwallo o fihla metsi a ile a otla ntlo eo mme ya wa hanghang, ya senyeha hampe.”

7 Ha a qeta ho bolella batho dintho tsena a kena Kapernauma. 2 Lekgoba la molaodi wa sesole le ne le kula, le le makgatheng a lefu.+ Molaodi eo o ne a rata lekgoba lena haholo. 3 Ha a utlwela ka Jesu, a roma baholo ba Bajuda ho yena ho mo kopa ho tla fodisa lekgoba la hae. 4 Ba ya ho Jesu yaba ba re: “Re kopa o mo thuse* 5 hobane o rata setjhaba sa rona ebile o re hahetse ntlo ya thapelo.”* 6 Ka hoo, Jesu a tsamaya le bona. Empa ha a le haufi le ntlo, molaodi wa sesole o ne a se a rometse metswalle ya hae hore e re ho yena: “Mohlomphehi, o se ke wa ituba ka ho tla ka ha ha ke tshwanelwe ke hore o kene ka tlung ya ka.+ 7 Ke ka lebaka leo ke sa kang ka itlisa le ho itlisa ho wena. Bua feela e le hore mohlanka wa ka a fole. 8 Etswe le nna ke a laolwa empa ke na le masole ao ke a laolang. Ha ke re ho lesole lena: ‘Tsamaya,’ le a tsamaya. Ha ke re ho le leng: ‘Tloo,’ le a tla. Le ha ke re ho lekgoba la ka: ‘Etsa tjena,’ le etsa jwalo.” 9 Ha Jesu a utlwa dintho tsena a makala yaba o sheba batho ba bangata ba mo setseng morao o re: “Ke a le bolella, esita le Iseraele ha ho na motho eo ke fumaneng a ena le tumelo e matla hakana.”+ 10 Ha ba ronngweng ba kgutlela ka tlung, ba fumana lekgoba leo le fodile.+

11 Hanghang ka mora moo, a ya motseng o bitswang Naine a tsamaya le barutuwa ba hae le batho ba bang ba bangata. 12 Ha a atamela keiti ya motse, a bona motho ya shweleng a jerwe a ntshetswa ka ntle. E ne e le mora ya mong feela+ wa mme e mong wa mohlolohadi. Mohlolohadi eo o ne a tsamaya le batho ba bangata ba tswang motseng. 13 Ha Morena a mo bona a mo hauhela+ yaba o re ho yena: “O se ke wa lla.”+ 14 A atamela a tshwara lempara leo ba neng ba jere mofu ka lona mme batho ba le nkileng ba ema. Yaba o re: “Mohlankana, ke o laela hore o tsohe.”+ 15 Mohlankana eo a tsoha, a dula mme a qala ho bua yaba Jesu o mo isa ho mme wa hae.+ 16 Kaofela ba tshoha mme ba qala ho rorisa Modimo ba re: “Modimo o re hlahiseditse moprofeta e moholo,”+ hape ba re: “Modimo o hopotse batho ba hae.”+ 17 Ditaba tsena tsa hae tsa fihla hohle Judea le dibakeng tsohle tse haufi le yona.

18 Barutuwa ba Johanne ba mo tlalehela dintho tsena kaofela.+ 19 Ka hoo, Johanne a bitsa barutuwa ba hae ba babedi mme a ba roma ho Morena hore ba re: “Na ke wena ya tlang+ kapa re lebelle e mong?” 20 Ha banna bao ba fihla ho yena ba re: “Johanne Mokolobetsi o re romme ho wena hore re o botse hore na ke wena ya tlang kapa re lebelle e mong.” 21 Ka yona nako eo, a phekola ba bangata ba neng ba ena le malwetse,+ mafu a bohloko le ba kenweng ke bademona. A ba a etsa hore ba sa boneng ba boele ba bone. 22 Jesu a re ho barutuwa ba Johanne: “Tsamayang le bolelle Johanne hore na le utlwileng le hore na le boneng: Hona jwale ba foufetseng ba a bona,+ ba holofetseng ba a tsamaya, balepera ba ntse ba fodiswa, ba sa utlweng ditsebeng ba a utlwa+ le bafu ba ntse ba tsoswa, bafutsana bona ba bolellwa ditaba tse monate.+ 23 Ho thaba motho ya ntshepang a sa belaele.”*+

24 Ha barutuwa ba Johanne ba se ba ile, Jesu a re ho matshwele ka Johanne: “Monna eo le mo boneng lefeelleng ke mang? Na ke motho ya kang lehlaka le ntseng le tsukutlwa ke moya?+ 25 Le bone mang? Na le bone monna ya apereng diaparo tse turu?+ Batho ba apereng diaparo tse turu le ba ruileng ba matlong a marena. 26 Jwale, ha e le hantle e ne e le mang? Na e ne e le moprofeta? E, e ne e le moprofeta a bile a le bohlokwa haholo ho feta baprofeta.+ 27 Enwa ke eo ho ngotsweng tjena ka yena: ‘Ke romela moromuwa wa ka pele ho wena* ya tla lokisa tsela ya hao ka pela hao.’+ 28 Ke a le bolella, hara bohle ba kileng ba phela, ha ho e moholo ho Johanne empa motho e monyenyane Mmusong wa Modimo o moholo ho yena.”+ 29 (Ha babokelli ba lekgetho le batho ba bang ba neng ba kolobeditswe ka kolobetso ya Johanne+ ba utlwa taba ena, ba phatlalatsa hore Modimo o lokile. 30 Empa ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba ile ba iphapanyetsa keletso* eo Modimo a ba fang yona+ ka ha ba ne ba sa kolobetswa ke Johanne.)

31 Jesu a boela a re: “Ebe batho ba moloko oo nka ba bapisa le mang? Ba tshwana le mang?+ 32 Ba tshwana le bana ba banyenyane ba dutseng mmarakeng ba ntseng ba hweletsana ba re: ‘Re ile ra le letsetsa lekodilo yaba ha le tantshe, ra lla yaba ha le utlwe bohloko.’ 33 Ka tsela e tshwanang, Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je, a sa nwe+ empa la re: ‘O na le modemona.’ 34 Mora motho yena o tlile a ja, a nwa empa le re: ‘Bonang motho enwa ya jang ho feta tekano le ya ipolaisang veine. Ke motswalle wa babokelli ba lekgetho le baetsadibe.’+ 35 Le ha ho le jwalo, dintho tse lokileng tseo motho a di etsang di bontsha hore o bohlale.”+

36 Mofarisi e mong a phehella Jesu hore a tle dijong ha hae. Yaba Jesu o ya ha Mofarisi eo mme o dula tafoleng le yena. 37 Ho ne ho ena le mosadi wa moetsadibe motseng oo. Ha a utlwa hore Jesu o dijong ha Mofarisi eo, a ya a nkile botlolo ya alabastera e tshetseng oli e nkgang ha monate.+ 38 A kgumama maotong a Jesu, a lla, a mo kolobisa maoto ka meokgo yaba o a hlakola ka moriri wa hae. A suna maoto a hae yaba o a tlotsa ka oli e nkgang ha monate. 39 Ha Mofarisi eo a bona tsena tsohle a re ka pelong: “Hoja monna enwa e ne e hlile e le moprofeta, o ne a ka tseba hore na mosadi enwa ke mang le hore na ke motho wa mofuta ofe. O ne a ka tseba hore ke moetsadibe.”+ 40 Empa ka ha Jesu o ne a tseba hore na o ntse a nahanang a re ho yena: “Simone,* ho na le ntho eo ke batlang ho o bolella yona.” A re: “Mosuwe, ke mametse.”

41 Jesu a re ho yena: “Banna ba babedi ba ne ba kolota motho e mong. Wa pele o ne a mo kolota didenari* tse 500, wa bobedi a mo kolota tse 50. 42 Banna bao ka bobedi ba ne ba se na mokgwa wa ho mo patala yaba o a ba tshwarela. Ha ba le babedi jwalo ke mang ya tla rata monna eo haholo?” 43 Simone a re: “Ke nahana hore ke ya neng a mo kolota tjhelete e ngata haholo.” A re: “O arabile hantle.” 44 A sheba ka ho mosadi eo yaba o re ho Simone: “O a mo bona mosadi enwa? O tshetse maoto a ka ka meokgo ya hae, a a hlakola ka moriri wa hae. Empa wena ke kene ka tlung ya hao yaba ha o mphe metsi bakeng sa maoto a ka. 45 Ha o a ntshuna empa mosadi enwa yena esale a suna maoto a ka ho tloha ke kene mona. 46 Ha o a tlotsa hlooho ya ka ka oli empa mosadi enwa o tlotsitse maoto a ka ka oli e nkgang ha monate. 47 Ka hoo ke a o jwetsa, le hoja mosadi enwa a entse dibe tse ngata,* dibe tseo di tshwaretswe+ hobane o nthatile haholo. Empa ya tshwaretsweng ho honyenyane o rata hanyenyane.” 48 Jwale a re ho mosadi eo: “O tshwaretswe dibe.”+ 49 Ba neng ba dutse le yena tafoleng ba buisana ba re: “Monna enwa ya bileng a tshwarelang dibe ke mang?”+ 50 Yaba o re ho mosadi eo: “Tumelo ya hao e o pholositse,+ itsamaele ka kgotso.”

8 Nakwana ka mora moo, a tsamaya metse le metsana a bolella batho ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo.+ O ne a tsamaya le barutuwa ba hae ba 12 2 ha mmoho le basadi bao a neng a ba phekotse a bile a ntshitse bademona ho bona. Bona ke Maria ya bitswang Magdalena, eo ho yena ho tswileng bademona ba supileng, 3 Susanna, Joanna+ mosadi wa Kuza e leng monna ya neng a hlokomela ntlo ya Heroda le basadi ba bang ba bangata ba neng ba sebedisa dintho tseo ba nang le tsona ho thusa Jesu le baapostola ba hae.+

4 Ho tloha motseng o mong ho ya ho o mong, batho ba ile ba tla ho yena mme letshwele le leholo la phutheha. Yaba o ba etsetsa papiso o re:+ 5 “Mojadi o ile a tswa ho ya jala. Ha a ntse a jala, peo e nngwe ya wela haufi le tsela, batho ba e hatakela yaba dinonyana di a e ja.+ 6 E nngwe ya wela majweng mme ka mora hore e mele, ya omella hobane ho ne ho se na mongobo.+ 7 E nngwe ya wela hara meutlwa yaba ha meutlwa e hola e a e bipetsa.+ 8 E nngwe yona ya wela mobung o motle, ya mela yaba e beha ditholwana tse imenneng ka makgetlo a 100.”+ Ka mora ho tjho jwalo a hweletsa a re: “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe.”+

9 Barutuwa ba hae ba mo botsa hore na papiso eo e bolelang.+ 10 A re: “Le dumeletswe ho utlwisisa makunutu a halalelang a Mmuso wa Modimo empa ba bang bona ba bolellwa dintho tsohle ka ho etsetswa dipapiso+ hobane le hoja ba shebile, ha ba bone mme le hoja ba utlwa, ha ba utlwisise.+ 11 Jwale tlhaloso ya papiso ke ena: Peo ke lentswe la Modimo.+ 12 Peo e jetsweng haufi le tsela ke batho ba utlwileng lentswe ebe Diabolose o a tla, o tlosa lentswe leo dipelong tsa bona e le hore ba se ke ba le dumela mme ba pholoha.+ 13 Peo e jetsweng dipakeng tsa majwe ke batho ba utlwang Lentswe mme ba le amohela ka thabo empa ka ha ha ba na metso, ba dumela ka nakwana ebe ha mathata a hlaha ba kgaotsa ho dumela.+ 14 Peo e jetsweng hara meutlwa ke batho ba utlwileng Lentswe empa ka ha ba ferekanngwa ke mathata, maruo+ le menate ya bophelo bona,+ dintho tsena di a ba bipetsa ebe ha ba behe ditholwana tse ntle ho hang.+ 15 Peo e jetsweng mobung o motle yona ke batho ba amohetseng lentswe ka pelo e ntle haholo+ ebe ba a le boloka mme ba a mamella ha ba ntse ba beha ditholwana.+

16 Ha motho a qeta ho kgantsha lebone, ha a le kwahele ka sekotlolo kapa a le behe tlasa bethe empa o le beha hodima tafole e le hore le kgantshetse bohle ba kenang.+ 17 Ka ha dintho tsohle tse patilweng di tla pepeswa, le dintho tse patilweng ka thata di tla senolwa, di hlahelle.+ 18 Ka hona, le mamele ka hloko hobane ya nang le letho o tla ekeletswa+ empa ya se nang letho o tla amohuwa le hoo a nahanang hore o na le hona.”+

19 Mme wa Jesu le bana babo+ ba tla ho yena empa ba ne ba sa kgone ho fihla pela hae hobane batho ba ne ba le bangata.+ 20 Ka hoo, motho e mong a re ho yena: “Mme wa hao le bana beno ba eme ka ntle ba batla ho o bona.” 21 A ba araba a re: “Mme le bana beso ke ba utlwang lentswe la Modimo mme ba le phetha.”+

22 Ka letsatsi le leng, yena le barutuwa ba hae ba kena ka sekepeng yaba o re ho bona: “A re tsheleleng ka lehlakoreng le leng la lewatle.” Ka hoo, ba qadisa leeto ka sekepe.+ 23 Empa ha ba ntse ba tsamaya ka sekepe a kgaleha. Ha eba le sefefo se matla lewatleng yaba sekepe se qala ho tlala metsi mme sa batla se teba.+ 24 Ka hoo, ba ya ho yena mme ba mo tsosa ba re: “Mosuwe, Mosuwe, re a shwa!” Ha a tsoha, a kgalemela sefefo le metsi a lwebehlanang mme sefefo sa kokobela, ha thola tu!+ 25 Jwale a re ho bona: “Ke hobaneng ha le se na tumelo?” Empa ba ne ba tshohile ba bile ba maketse, ba botsana ba re: “Hantlentle motho eo ke mang hobane o laela difefo le metsi mme di a mo mamela?”+

26 Yaba ba fihla lebopong naheng ya Bagerasa+ e ka lehlakoreng le leng la Lewatle la Galilea. 27 Empa ha a tswa ka sekepeng a kgahlanyetswa ke monna e mong ya neng a kenwe ke bademona. E ne e se e le nako a tsamaya a sa apara a bile a sa dule lapeng, a dula mabitleng.+ 28 Ha a bona Jesu, a itihela fatshe ka pela hae yaba o a hweletsa o re: “Hantle o mpatlang Jesu Mora wa Modimo Ya Phahameng ka ho Fetisisa? Ke kopa o se ke wa ntlhokofatsa.”+ 29 (Ka ha Jesu o ne a ntse a laela bademona bao hore ba tswe ho monna eo. Ba ne ba mo hlasela hangata*+ ebe batho ba mo fasa ka diketane ebile ba mo kata. Empa o ne a di kgaola ebe bademona bao ba mo isa naheng.) 30 Jesu a re ho yena: “O mang?” A re: “Ke Legione” hobane o ne a kenwe ke bademona ba bangata. 31 Bademona bao ba nna ba kopa Jesu hore a se ke a ba laela hore ba ye ka sekoting se tebileng.*+ 32 Ho ne ho ena le mohlape o moholo wa dikolobe+ o ntseng o fula thabeng ka hoo, ba mo kopa hore a ba dumelle ho kena ho tsona yaba o a ba dumella.+ 33 Bademona bao ba tswa ho monna eo yaba ba kena dikolobeng mme dikolobe tseo kaofela tsa mathela selomong tsa wela ka lewatleng yaba di kgangwa ke metsi. 34 Ha badisa ba bona ntho e etsahetseng, ba baleha mme ba e tlaleha motseng le dibakeng tse ka thoko.

35 Batho ba tswa ho ya bona hore na ho etsahetseng. Ba tla ho Jesu mme ba fumana monna eo bademona ba tswileng ho yena a apere a bile a hlaphohetswe kelellong, a dutse maotong a Jesu yaba ba a tshoha. 36 Batho ba boneng hore na ho etsahetseng ba ba bolella hore na monna eo ya neng a ena le bademona o fodisitswe jwang. 37 Batho ba bangata ba tswang naheng ya Bagerasa ba kopa Jesu hore a tsamaye hobane ba ne ba tshohile haholo. Ka hoo, a kena sekepeng a tsamaya. 38 Le ha ho le jwalo, monna eo bademona ba tswileng ho yena a nna a kopa ho tsamaya le Jesu empa Jesu a hana a re:+ 39 “Kgutlela hae mme o nne o bolelle batho dintho tseo Modimo a o etseditseng tsona.” Ka hoo, a tsamaya a bolella batho ba motse kaofela hore na Jesu o mo etseditseng.

40 Ha Jesu a kgutlela Galilea, batho ba bangata ba mo amohela ka mosa hobane kaofela ba ne ba mo lebeletse.+ 41 Molaodi e mong ya okamelang ntlo ya thapelo* ya bitswang Jairuse a tla yaba o itihela maotong a Jesu, a mo kopa hore a kene ka tlung ya hae+ 42 hobane moradi wa hae ya mong ya neng a ka ba dilemo di 12 o ne a le makgatheng a lefu.

Eitse ha Jesu a re o a ya, letshwele la mo petetsa. 43 Ho ne ho ena le mosadi ya neng a ena le bothata ba phallo ya madi+ ka dilemo tse 12 mme ho se na motho ya kgonang ho mo phekola.+ 44 A tla ho Jesu a mo hlaha ka morao, a tshwara ditjobo tsa seaparo sa hae+ yaba hanghang o a fola. 45 Jesu a re: “Ke mang ya nthetsitseng?” Kaofela ba itatola. Petrose yena a re: “Mosuwe, batho ba o potapotileng ba bangata ebile ba o peteditse.”+ 46 Empa Jesu a re: “Ho na le motho ya nthetsitseng hobane ke utlwile ha matla+ a tswa ho nna.” 47 Ha mosadi eo a hlokomela hore ha a na mokgwa wa ho ipata, a kgumama ka pela Jesu a ntse a thothomela, a mo hlalosetsa ka pela batho lebaka leo a mo tshwereng ka lona le ka moo a fodisitsweng hanghang ka teng. 48 Jesu a re ho yena: “Ngwaneso,* tumelo ya hao e o fodisitse. Tsamaya ka kgotso.”+

49 Ha a sa ntse a bua, ha fihla monna ya tswang lelapeng la molaodi ya okamelang ntlo ya thapelo* a re: “Moradi wa hao o hlokahetse, o se ke wa hlola o tshwenya Mosuwe.”+ 50 Ha Jesu a utlwa ditaba tsena a re: “O se ke wa tshoha, o be le tumelo, moradi wa hao o tla phela hape.”*+ 51 Ha a fihla ntlong, a dumella Petrose, Johanne, Jakobo le batswadi ba ngwana feela hore ba kene le yena ka tlung. 52 Batho bohle ba ne ba bokolla hobane ba utlwile bohloko ka lebaka la mofu. Empa Jesu a re ho bona: “Kgaotsang ho lla+ hobane ha a shwa, o robetse.”+ 53 Ba mo tsheha hobane ba tseba hore ngwana o shwele. 54 A mo tshwara ka letsoho a mo hweletsa a re: “Ngwanana, tsoha!”+ 55 A tsoha* hanghang+ yaba Jesu o re a fuwe dijo. 56 Batswadi ba hae ba ne ba thabile haholo empa Jesu a ba laela hore ba se ke ba bolella batho hore na ho etsahetseng.+

9 A bitsa baapostola ba hae ba 12 yaba o ba fa matla a ho leleka bademona bohle+ le ho phekola mafu.+ 2 Ka mora moo, a ba roma hore ba rute ka Mmuso wa Modimo le ho fodisa batho ba kulang, 3 a re ho bona: “Le se ke la nka mofao bakeng sa leeto, le ha e le lere, mokotla wa dijo, bohobe, tjhelete* kapa diaparo* tse pedi.+ 4 Hohle moo le fihlang, le dule ntlong ya motho ho fihlela le tloha motseng oo.+ 5 Kae kapa kae moo ba sa le amoheleng, le hlohlore lerole maotong a lona ha le tswa moo e le bopaki ba hore le ba lemositse.”*+ 6 Ba tloha ba ya le metse ba ntse ba phekola batho ba bile ba ba bolella molaetsa wa Mmuso wa Modimo.+

7 Yaba Heroda* mmusi wa setereke o utlwela ka dintho tsohle tse etsahetseng. A makatswa ke ho utlwa batho ba re Johanne o tsositswe bafung.+ 8 Ba bang ba re ke Elia, ba bang bona ba re ke moprofeta e mong wa kgale ya tsositsweng bafung.+ 9 Heroda a re: “Ha ke kgaotse Johanne hlooho,+ jwale eo ya etsang dintho tsee yena ke mang?” Yaba o batla ho mo bona.+

10 Ha baapostola ba kgutla ba mo phetela hore na ba entseng.+ Yaba o tsamaya le bona ba le bang ba ya motseng o bitswang Bethsaida.+ 11 Ha batho ba utlwa ka taba ena ba ba sala morao. Jesu a ba amohela ka mosa, a bua le bona ka Mmuso wa Modimo a ba a fodisa ba kulang.+ 12 Ha e eba mantsiboya baapostola ba hae ba tla ho yena ba re: “Ere batho bana ba tsamaye ba kene metseng e haufi, ba fumane marobalo le dijo hobane mona ho hole.”+ 13 Jesu a re ho bona: “Lona ba feng dijo.”+ Ba re: “Re na le mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi feela, ntle le haeba re ka yo ba rekela dijo.” 14 Ho ne ho ena le banna ba ka bang 5 000 moo. Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Ereng ba ikarole ba dule ka dihlopha tsa batho ba ka bang 50 sehlopha ka seng.” 15 Ba etsa jwalo yaba batho kaofela ba dula fatshe. 16 Jesu a nka mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi, a sheba lehodimong a kopa tlhohonolofatso. A di qhetsola, a di fa barutuwa, barutuwa bona ba di fa batho. 17 Bohle ba ja ba kgora mme barutuwa ba nka dibaskete tse 12 tse tletseng dijo tse setseng.+

18 Ha morao ha a ntse a rapela a le mong, barutuwa ba tla ho yena yaba o re ho bona: “Batho ba re ke mang?”+ 19 Ba re ho yena: “Ba bang ba re o Johanne Mokolobetsi, ba bang ba re o Elia, ba bang bona ba re o e mong wa baprofeta ba kgale ya tsositsweng bafung.”+ 20 A re ho bona: “Lona le re ke mang?” Petrose a re: “O Kreste ya rometsweng ke Modimo.”+ 21 A ba kopa hore ba se ke ba jwetsa mang kapa mang ka taba ena.+ 22 A boela a re: “Mora motho o tla hloriswa hampe, baholo, baprista ba baholo le bangodi ba ke ke ba mo amohela mme o tla bolawa+ ebe o tsoswa ka letsatsi la boraro.”+

23 A re ho batho bohle: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntshala morao, a se ke a hlola a iphelela.+ A ikemisetse ho mamella mahloriso* letsatsi le letsatsi mme a nne a ntatele.+ 24 Mang kapa mang ya batlang ho sireletsa bophelo ba hae, o tla fellwa ke bona. Empa mang kapa mang ya shwang hobane e le molatedi wa ka, o tla phela hape.+ 25 Ha e le hantle motho o tla fumana molemo ofe haeba a rua lefatshe lohle empa a feletswe ke bophelo ba hae kapa a intsha kotsi?+ 26 Etswe mang kapa mang ya ntshwabelang le ya swabelang ditaba tsa ka, Mora motho le yena o tla mo swabela ha a tla ka kganya ya hae, ya Ntate wa hae le ya mangeloi a halalelang.+ 27 Ka nnete ke re ho lona, ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba shwa pele ba bona Mmuso wa Modimo.”+

28 Ha ho se ho fetile matsatsi a ka bang robedi a buile mantswe ao, a tsamaya le Petrose, Johanne le Jakobo ba ya thabeng ho ya rapela.+ 29 Ha a ntse a rapela, sefahleho sa hae sa fetoha mme diaparo tsa hae tsa eba bosweu bo benyang. 30 Ho ne ho ena le banna ba babedi ba ntseng ba buisana le Jesu, e ne e le Moshe le Elia. 31 Ba hlaha ba kganya yaba ba qala ho bua ka hore Jesu o tla falla lefatsheng ha a le Jerusalema.+ 32 Petrose le barutuwa ba bang ba ne ba imetswe ke boroko empa ha ba hlaphohelwa ba bona Jesu a kganya+ a eme le banna ba babedi. 33 Ha banna bao ba itokisetsa ho tloha, Petrose a re ho Jesu: “Mosuwe, ke hantle hore ebe re mona. Jwale ha re hlomeng ditente tse tharo, e nngwe e be ya hao, e nngwe e be ya Moshe, e nngwe e be ya Elia.” Empa o ne a sa ikutlwe hore na o ntse a reng. 34 Ha a sa ntse a bua ha hlaha leru, la ba kwahela yaba ba a tshoha. 35 Lentswe+ la hlaha lerung leo la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo kgethileng.+ Mo mameleng.”+ 36 Ha lentswe leo le hlaha Jesu o ne a se a setse a le mong. Ba thola tu! yaba ba qeta nako ho se motho eo ba mo bolellang ntho eo ba e boneng.+

37 Letsatsi le hlahlamang ha ba theoha thabeng, letshwele la kgahlanyetsa Jesu.+ 38 Monna e mong a hweletsa hara letshwele a re: “Mosuwe, ke kopa o thuse* mora wa ka, ke ngwanaka a le mong feela.+ 39 O kenwa ke modemona, o etsa hore a lle, a tsitsipane a be a tswe makweba ka hanong. Ha o mo kene o tswa ka thata. 40 Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba mo ntshe empa ba ile ba hloleha.” 41 Ha Jesu a araba a re: “Lona moloko o se nang tumelo o bileng o leng kgopo,+ ke tla dula le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neng? Tlisa mora wa hao kwano.”+ 42 Eitse ha ngwana a atamela, modemona a mo lahlela fatshe a etsa hore a thothomele ha bohloko. Jesu a kgalemela modemona eo, a fodisa ngwana yaba o mo isa ho ntate wa hae. 43 Batho kaofela ba tsota matla a Modimo.

Ha ba sa ntse ba makaditswe ke dintho tseo a di entseng, a re ho barutuwa ba hae: 44 “Mamelang mantswe ana ka hloko, le a hopole: Mora motho o tlo rekiswa* ebe ho fanwa ka yena matsohong a batho.”+ 45 Le ha ho le jwalo, ba ne ba sa utlwisise hore na o bolelang. Taba ena e ne e entswe lekunutu e le hore ba se ke ba e utlwisisa hape ba ne ba tshaba ho mo botsa hore na o bolelang.

46 Ba qala ho ngangisana ka hore na ke mang e moholo hara bona.+ 47 Ka ha Jesu o ne a tseba hore na ba nahanang, a nka ngwana e monyenyane a mo emisa pela hae 48 yaba o re ho bona: “Mang kapa mang ya amohelang ngwana e monyenyane jwalo ka enwa ka lebaka la lebitso la ka le nna wa nkamohela. Mang kapa mang ya nkamohelang o amohela le ya nthomileng.+ Etswe ya itshwarang jwalo ka ngwana e monyenyane hara lona kaofela ke yena e moholo.”+

49 Johanne a re: “Mosuwe, re bone motho e mong a leleka bademona ka lebitso la hao mme ra leka ho mo thiba hobane o ne a sa tsamaye le rona.”+ 50 Jesu a re ho yena: “Le se ke la leka ho mo thiba hobane mang kapa mang ya seng kgahlanong le lona o eme le lona.”

51 Ha nako ya hore Jesu a nyolohele lehodimong+ e ntse e atamela, o ile a ikemisetsa ho ya Jerusalema. 52 A roma ba bang ba barutuwa ba hae hore ba mo etelle pele. Yaba ba ya Samaria ho mo lokisetsa moo a tla fihlela teng. 53 Empa ha ba a ka ba mo amohela+ hobane o ne a ikemiseditse ho ya Jerusalema. 54 Ha Jakobo le Johanne+ ba hlokomela ba re: “Morena, re laele mollo hore o theohe lehodimong o ba timetse?”+ 55 Jesu a sheba ka ho bona yaba o a ba kgalemela. 56 Yaba ba ya motseng o mong.

57 Ha ba le tseleng motho e mong a re ho yena: “Ke tla o latela kae kapa kae moo o yang teng.” 58 Empa Jesu a re ho yena: “Diphokojwe di na le moo di dulang* le dinonyana di na le dihlaha empa Mora motho yena ha a na ntlo.”*+ 59 Jesu a re ho e mong: “Eba molatedi wa ka.” Monna eo a re: “Morena, ke kopa ho yo pata Ntate pele.”+ 60 Empa Jesu a re ho yena: “Tlohela bafu+ ba pate bafu ba bona, wena tsamaya o phatlalatse Mmuso wa Modimo hohle.”+ 61 E mong yena a re: “Ke tla o latela Morena empa ntumelle ke yo re ba lelapa la ka ba sale hantle.” 62 Jesu a re ho yena: “Motho ya behang letsoho mohomeng empa a hetlile morao,+ ha a tshwanelwe ke Mmuso wa Modimo.”+

10 Ka mora dintho tsena Morena a kgetha ba bang ba 70 a ba roma ka bobedi+ hore ba mo etelle pele ho ya motseng le motsaneng o mong le o mong oo a neng a tla ya ho wona. 2 A re ho bona: “Ka nnete kotulo e kgolo empa basebetsi ba a fokola. Ka hona, le kope Monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.+ 3 Eyang empa le itlhokomele, ke le romela le le jwalo ka dikonyana hara diphiri.+ 4 Le se ke la nka sepatjhe, mokotla wa dijo kapa dieta*+ mme le se ke la qeta nako e telele le ntse le dumedisa batho ha le le tseleng. 5 Ha le fihla ntlong efe kapa efe le qale ka ho re: ‘E se eka ntlo ena e ka ba le kgotso.’+ 6 Haeba batho bao e le batho ba kgotso, kgotso eo le ba lakaletsang yona e ke e be ho bona. Empa haeba ho se jwalo, e ke e kgutlele ho lona. 7 Haeba le fumana batho ba kgotso, le dule ntlong eo,+ le je le ho nwa dintho tseo ba le fang tsona+ ka ha motho ya sebetsang o tshwanela ho fuwa dijo.+ Le se ke la tloha moo le fihletseng teng.

8 Haeba ba le amohela motseng ofe kapa ofe, le je dijo tseo ba le fang tsona, 9 le phekole bakudi ba moo le be le phatlalatse hore Mmuso wa Modimo o atametse.+ 10 Motseng ofe kapa ofe moo ba sa le amoheleng, le ye diterateng tsa wona tse kgolo le re: 11 ‘Lerole le maotong a rona le tswang motseng wa lona re a le hlohlora e le bopaki ba hore re le lemositse.+ Le tsebe hore Mmuso wa Modimo o atametse.’ 12 Ke a le bolella hore ka Letsatsi la Kahlolo, kotlo ya Sodoma e tla ba bobebe ho feta ya motse oo.+

13 Ho madimabe lona baahi ba Korazine le Bethsaida. Hoja mehlolo e etsahetseng metseng ya lona e etsahetse Tire le Sidone, e ka be e le kgale baahi ba teng ba bakile, ba apere lesela le hwashang* le ho dula moloreng.+ 14 Ka lebaka leo, ka Letsatsi la Kahlolo, kotlo ya baahi ba Tire le Sidone e tla ba bobebe ho feta ya lona. 15 Le lona baahi ba Kapernauma, na Modimo o tla le phahamisetsa lehodimong? Ho hang, o tla le theolela Lebitleng.*

16 Ya le mamelang le nna o a mmamela.+ Ya iphapanyetsang lona o iphapanyetsa nna. Hape ya iphapanyetsang nna o iphapanyetsa le Ya nthomileng.”+

17 Barutuwa ba 70 ba kgutla ba thabile ba re: “Morena, esita le bademona ba a re mamela ha re ba leleka ka lebitso la hao.”+ 18 Yaba o re ho bona: “Ke bona Satane a se a wele+ jwalo ka lehadima lehodimong. 19 Bonang, ke le file matla a ho hatakela dinoha le diphepheng le a ho hlola sera se matla+ mme ha ho letho le tla le ntsha kotsi. 20 Le ha ho le jwalo, le se ke la thabela feela hore ebe bademona ba a le mamela empa le thabiswe ke hore mabitso a lona a ngotswe mahodimong.”+ 21 Ka yona nako eo, Modimo a fa Jesu moya o halalelang, moya oo wa etsa hore a thabe yaba o re: “Ke o rorisa phatlalatsa Ntate, Morena wa lehodimo le lefatshe hobane o patetse ba bohlale le ba rutehileng dintho tsena+ mme o di senoletse bana ba banyenyane. E, Ntate hobane ke thato ya hao hore ho be jwalo.+ 22 Ntate ke yena ya mphileng dintho tsohle. Ha ho na motho ya ntsebang* haese Ntate ebile ha ho na motho ya tsebang Ntate haese nna+ le mang kapa mang eo ke ratang ho mo ruta ka Ntate.”+

23 A bua le barutuwa moo ba leng bang a re: “Le a thaba hobane le bona dintho tsena.+ 24 Ka nnete ke re ho lona, baprofeta le marena ba ile ba lakatsa ho bona dintho tseo le di bonang+ le ho utlwa dintho tseo le di utlwang empa ha ba a ka ba di bona kapa ba di utlwa.”

25 Monna e mong wa setsebi sa Molao o ne a batla ho leka Jesu yaba o a ema o re: “Mosuwe, ke etseng hore ke fumane bophelo bo sa feleng?”+ 26 A re ho yena: “Molao o reng, na o a o utlwisisa?” 27 Monna eo a re ho yena: “‘O rate Jehova* Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, ka moya wa hao wohle, ka matla a hao ohle le ka kelello ya hao yohle.’+ Hape ‘o rate moahisani wa hao jwalo ka ha o ithata.’”+ 28 Jesu a re ho yena: “O arabile hantle, o nne o etse jwalo mme o tla fumana bophelo bo sa feleng.”+

29 Empa ka ha monna eo o ne a batla ho ipaka hore o lokile,+ a re ho Jesu: “Hantlentle moahisani wa ka ke mang?” 30 Jesu a mo araba ka ho re: “Motho e mong o ne a theoha Jerusalema a ya Jeriko yaba mashodu a a mo hlasela, a mo nkela dintho tsohle, a mo otla yaba a mo siya a le makgatheng a lefu. 31 Jwale ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eo empa ha a mo bona, a tsamaela ka lehlakoreng le leng. 32 Molevi e mong le yena a theoha ka tsela eo yaba o etsa ntho e tshwanang. 33 Empa Mosamaria+ yena ha a feta ka tsela eo, a mo bona yaba o a mo hauhela. 34 A ya ho yena, a tshela maqeba a hae ka oli le veine yaba o a a tlamisa. A mo palamisa tonki ya hae, a mo isa ntlong ya baeti mme a mo hlokomela. 35 Letsatsing le hlahlamang, a fa mohlokomedi wa ntlo ya baeti didenari* tse pedi yaba o re ho yena: ‘Mo hlokomele. Haeba o ka sebedisa tjhelete e fetang ena ke tla o patala ha ke kgutla.’ 36 Ho ba bararo baa ke mang eo e bileng moahisani+ wa monna ya hlasetsweng ke mashodu?” 37 A re: “Ke ya ileng a mo hauhela.”+ Jwale a re ho yena: “Tsamaya le wena o etse ntho e tshwanang.”+

38 Ba tswela pele ka leeto yaba ba fihla ha mosadi e mong ya bitswang Maretha,+ a ba amohela lapeng ha hae. 39 Maretha o ne a ena le ngwanabo ya bitswang Maria, ya ileng a dula maotong a Jesu hore a mo mamele. 40 Maretha yena o ne a phathahane ka mesebetsi e mengata. A ya ho Jesu a re: “Morena, na o bona ho lokile hore Maria a ntlohele ke sebetse ke le mong? Ke kopa o re a tlo nthusa.” 41 Jesu a re ho yena: “Maretha, Maretha, o tshwenyehile ka dintho tse ngata haholo. 42 Ha re hloke dintho tse ngata, e le nngwe feela e tla be e lekane. Maria o kgethile ntho e nepahetseng+ mme ha ho motho ya ka mo tsekisang yona.”

11 Jesu o ne a le sebakeng se seng a ntse a rapela. Ha a qeta ho rapela, e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: “Morena, re rute ho rapela jwalo ka ha Johanne a rutile barutuwa ba hae.”

2 A re ho bona: “Nako yohle ha le rapela le re: ‘Ntate, lebitso la hao le halaletswe.+ Mmuso wa hao o tle.+ 3 O re fe bohobe ba letsatsi lena ho ya ka ditlhoko tsa rona.+ 4 O re tshwarele diphoso tsa rona+ ka ha le rona re tshwarela ba bang diphoso tsa bona.+ O se ke wa re dumella hore re hlolwe ke moleko.’”*+

5 Jesu a boela a re ho bona: “A re re o na le motswalle ebe o ya ha hae hara mpa ya bosiu o re ho yena: ‘Motswalle, ke kopa o mphe* mahobe a mararo 6 hobane ke na le moeti ya tswang hole jwale ha ho na letho leo nka mo fang lona.’ 7 Ebe motswalle o araba a le ka tlung o re: ‘Ke hobaneng ha o tla bosiu tjee? Monyako o se o notletswe ebile nna le bana ba ka re se re robetse. Nka se kgone ho tsoha ke o fe bohobe.’ 8 Ke a le bolella, o tla tsoha a o fe dintho tseo o di batlang eseng hobane e le motswalle wa hao empa hobane o ile wa mo phehella.+ 9 Ka hoo, ke re ho lona, le nne le kope,+ le tla fuwa. Le nne le batle, le tla fumana. Hape le nne le kokote, le tla bulelwa.+ 10 Mang kapa mang ya kopang o a fuwa,+ ya batlang o a fumana le ya kokotang o a bulelwa. 11 Ke ntate ofe hara lona eo ekareng ha mora wa hae a mo kopa tlhapi ebe o mo fa noha?+ 12 Kapa ha a mo kopa lehe ebe o mo fa phepheng? 13 Ka hona, haeba lona le hoja le le baetsadibe le tseba ho fa bana ba lona dimpho, le tsebe hore jwang kapa jwang le Ntate wa lona ya mahodimong o tla fana ka moya o halalelang ho ba mo kopang.”+

14 Monna e mong o ne a kenwe ke modemona ya etsang hore a se ke a kgona ho bua yaba Jesu o leleka modemona eo.+ Ka mora hore a tswe, monna eo a bua yaba batho ba bangata ba a makala.+ 15 Empa ba bang ba bona ba re: “O leleka bademona ka Beelzebube* mmusi wa bademona.”+ 16 Batho ba bang ba mo leka ba re a etse mohlolo+ o tswang lehodimong. 17 Ka ho tseba menahano ya bona,+ a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o arohaneng o tla wa, le lelapa* le arohaneng le ke ke la tshwarella. 18 Ka hoo, haeba Satane le yena o a itwantsha, mmuso wa hae o tla ema jwang? Ka ha le re ke leleka bademona ka Beelzebube. 19 Jwale haeba nna ke leleka bademona ka Beelzebube, bara ba lona ba ba leleka ka mang? Ke ka lebaka lena ba tla le ahlola. 20 Empa haeba ke leleka bademona ka matla* a Modimo,+ Mmuso wa Modimo o se o fihlile empa ha le eso o bone.+ 21 Ha monna ya matla ya hlometseng hantle a lebela ntlo ya hae, thepa ya hae e dula e sireletsehile. 22 Empa haeba motho e mong ya matla ho mo feta a mo hlasela ebe o a mo hlola, o tla mo amoha dihlomo tsohle tsa hae tseo a di tshepileng ebe o inkela dintho tsa hae. 23 Mang kapa mang ya seng ka lehlakoreng la ka o kgahlanong le nna mme mang kapa mang ya sa bokelleng le nna o a hasanya.+

24 Ha modemona a tswa ho motho, o feta dibakeng tse omeletseng a ntse a batla sebaka sa phomolo. Ha a sa se fumane o re: ‘Ke tla kgutlela ntlong ya ka eo ke ileng ka tswa ho yona.’+ 25 Ha a fihla o fumana ntlo eo e fietswe ebile e kgabisitswe, 26 jwale o lata bademona ba bang ba supileng ba kgopo ho mo feta ebe o tsamaya le bona. Ba a kena ebe ba dula moo mme qetellong motho eo o ba mobe ho feta pele.”

27 Ha Jesu a ntse a bua dintho tsena, mosadi e mong hara letshwele a hweletsa a re ho yena: “Ho thaba mosadi ya o tswetseng a ba a o nyantsha.”+ 28 Empa Jesu a re: “Tjhe, ho thaba ba mamelang lentswe la Modimo mme ba le boloka.”+

29 Ha batho ba ntse ba bokana ka bongata a re: “Batho ba moloko ona ba kgopo. Ba batla mohlolo empa ha ho mohlolo oo ba tla o bona haese mohlolo o etsahaletseng Jonase.+ 30 Jwalo ka ha Jonase+ e ile ya eba pontsho ho Baninive, Mora motho le yena e tla ba pontsho ho moloko ona. 31 Mofumahadi wa borwa+ o tla tsoswa bafung le batho ba moloko ona ka letsatsi la kahlolo mme o tla ba ahlola hobane o ile a tla a tswa sebakeng se hole haholo ho tla bona ka moo Solomone a leng bohlale ka teng. Empa ya teng mona o bohlokwa ho feta Solomone.+ 32 Ka letsatsi la kahlolo, batho ba Ninive ba tla tsoha bafung le ba moloko ona mme batho ba Ninive ba tla ba ahlola hobane ba ile ba baka ha ba utlwa molaetsa wa Jonase.+ Empa ya teng mona o bohlokwa ho feta Jonase. 33 Ha motho a qeta ho kgantsha lebone, ha a le behe tlasa baskete kapa a le pate empa o le beha hodima tafole+ e le hore le kgantshetse bohle ba kenang. 34 Lebone la mmele ke leihlo. Haeba leihlo la hao le sheba nqa e le nngwe, mmele wohle wa hao o a kganya. Empa haeba leihlo la hao le sheba dintho tse fosahetseng,* mmele wohle wa hao o lefifi.+ 35 Ka hona, hlokomela hore e se ke yaba lesedi le ka ho wena ke lefifi. 36 Jwale haeba mmele wohle wa hao o kganya, o se na lefifi ho hang, o tla kganya jwalo ka ha lebone le fana ka kganya.”

37 Ka mora hore a bue mantswe ana, Mofarisi e mong a mo kopa hore a ye dijong ha hae. Yaba Jesu o a ya o dula tafoleng le yena. 38 Empa Mofarisi eo a makatswa ke ho bona Jesu a sa hlape matsoho* pele a ja.+ 39 Empa Morena a re ho yena: “Lona Bafarisi, le hlwekisa bokantle ba kopi le ba sejana empa ka hare le tletse meharo le bokgopo.+ 40 Dithoto! Ya bopileng seo re leng sona ka ntle o bopile le seo re leng sona ka hare. 41 Le etsetse bafutsana* dintho tse ntle ka hore le fane ho tswa pelong. Ha le etsa jwalo le tla be le hlwekile. 42 Empa le madimabe lona Bafarisi hobane le fana ka karolo ya leshome ya kwena, rue* le meroho e meng kaofela+ empa ha le etsise Modimo ka hore le be le lerato le toka. Le ne le tlameha ho etsa dintho tsena empa eseng hore le iphapanyetse dintho tse ding.+ 43 Le madimabe lona Bafarisi hobane le rata ditulo tse ka pele* ka matlung a thapelo* le ho dumediswa dimmarakeng.+ 44 Le madimabe hobane le jwalo ka mabitla a sa bonahaleng,*+ ao batho ba tsamayang ho ona ba sa hlokomele.”

45 E mong wa ditsebi tsa Molao a re ho yena: “Mosuwe, ha o tjho jwalo le rona o a re rohaka.” 46 Jesu a re: “Le madimabe le lona ditsebi tsa Molao hobane le imetsa batho ka mejaro e boima empa lona ha le e thetse le ka monwana feela.+

47 Le madimabe hobane le haha mabitla a baprofeta bao baholoholo ba lona ba ba bolaileng.+ 48 Le tseba diketso tsa baholoholo ba lona empa le dumellana le tsona. Ba bolaile baprofeta+ le ha ho le jwalo le ba hahela mabitla. 49 Ke ka hoo Modimo ya bohlale a ileng a re: ‘Ke tla romela baprofeta le baapostola ho bona empa ba tla bolaya le ho hlorisa ba bang ba bona 50 e le hore moloko ona o ka ba molato wa madi a baprofeta bohle bao esale ba bolawa ho tloha ha lefatshe le thehwa,+ 51 ho tloha ho Abele+ ho fihlela ho Zakaria ya ileng a bolaelwa pakeng tsa aletare le ntlo.’*+ Ka nnete ke a le bolella hore moloko ona o tla ba molato.

52 Le madimabe lona ditsebi tsa Molao hobane le timme batho monyetla wa ho fumana tsebo.* Ha le a ka la kena Mmusong wa Modimo ebile le sitisa ba kenang.”+

53 Ha a tswa moo, bangodi le Bafarisi ba mo bokanela le ho mo emella ka dipotso tse ding tse ngata, 54 ba laletse ho mo tshwara ka dipuo.+

12 Ka nako eo, ha letshwele la batho ba diketekete le ne le petetsane, Jesu a qala ka ho re ho barutuwa ba hae: “Le itebele kgahlanong le tomoso ya Bafarisi e leng boikaketsi.+ 2 Dintho tse patilweng ka thata di tla pepeswa, le diphiri di senolwe.+ 3 Ka hoo, dintho tseo le di buang lefifing di tla hlahella leseding, le tseo le di hweshetsang le le ka dikamoreng tsa lona batho ba tla di phatlalatsa ba le hodima matlo. 4 Hape ke re ho lona metswalle ya ka,+ le se ke la tshaba batho ba ka le bolayang feela ka mora moo ba sa kgone ho etsa letho le fetang moo.+ 5 Empa ke tla le jwetsa hore na le lokela ho tshaba mang: Le tshabe ya nang le matla a ho bolaya batho ebe ka mora moo o ba lahlela Gehena.*+ Ke a le bolella, enwa ke yena eo le lokelang ho mo tshaba.+ 6 Le hoja dirobele tse hlano di rekiswa ka ditjhelete tse pedi tsa tshepe,* ha ho le se le seng sa tsona seo Modimo a se lebalang.*+ 7 Ha e le lona, o tseba palo ya moriri o dihloohong tsa lona.+ Ka hona, le se ke la tshoha, le bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.+

8 Ke re ho lona, e mong le e mong ya buang phatlalatsa hore ke morutuwa wa ka,+ le nna ke le Mora motho ke tla bua ka pela mangeloi a Modimo hore ke morutuwa wa ka.+ 9 Empa mang kapa mang ya ntatolang ka pela batho, le nna ke tla mo latola ka pela mangeloi a Modimo.+ 10 Mang kapa mang ya nyefolang Mora motho o tla tshwarelwa. Empa mang kapa mang ya rohakang moya o halalelang, a ke ke a tshwarelwa.+ 11 Ha ba le tlisa ka pela diphutheho,* babusi le balaodi, le se ke la tshwenyeha ka hore na le tla reng kapa le tla bua jwang ha le itshireletsa+ 12 hobane moya o halalelang o tla le tsebisa ka nako eo hore na le reng.”+

13 Motho e mong hara letshwele a re ho Jesu: “Mosuwe, ere abuti wa ka a nkarolele lefa.” 14 Jesu a re ho yena: “Monna heso, ke mang ya nkentseng moahlodi kapa motho ya rarollang ditaba tsa lona?” 15 Yaba o re ho bona: “Itlhokomeleng mme le qobe mefuta yohle ya meharo+ hobane le haeba motho a ena le dintho tse ngata haholo, bophelo ba hae ha bo hlahe dinthong tseo a nang le tsona.”+ 16 Yaba o ba etsetsa papiso o re: “Tshimo ya morui e mong e ne e behile haholo. 17 Ka hoo, a re ka pelong: ‘Ke tla etsa jwang ha e le moo ho se na moo ke bokellelang dijo tsa ka teng? 18 Ke tla etsa tjena:+ Ke tla diha ditoro tsa ka* ke hahe tse kgolo ebe ke bokella dijo* tsa ka kaofela le thepa yohle ya ka moo 19 ebe ke re: “Ke na le dintho tse ngata tseo esale ke di bokella ka dilemolemo. Ke tla kgatholoha, ke je, ke nwe, ke thabele bophelo.’” 20 Empa Modimo a re ho yena: ‘Wena ya se nang kelello, o tlo shwa bosiung bona. Jwale dintho tseo o di bokeletseng e tla ba tsa mang?’+ 21 Ho tla ba jwalo ka motho ya ipokeletsang ka maruo empa mahlong a Modimo e le mofutsana.”+

22 Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Ka lebaka lena ke re ho lona, tlohelang ho tshwenyeha ka bophelo ba lona hore na le tla jang kapa la tshwenyeha ka mmele ya lona hore na le tla aparang.+ 23 Etswe bophelo bo bohlokwa ho feta dijo le mmele o bohlokwa ho feta diaparo. 24 Shebang makgwaba, ha a jale peo, ha a kotule ebile ha a na ditoro kapa moo a bokellelang dijo teng empa Modimo o a a fepa.+ Na ha le bohlokwa haholo ho feta dinonyana?+ 25 Ke mang ho lona eo ha a tshwenyeha a ka lelefatsang bophelo ba hae le ha e le hanyenyane feela?* 26 Haeba le ke ke la kgona ho etsa ntho e nyenyane jwalo, ke hobaneng ha le tshwenyeha ka dintho tse ding?+ 27 Hlokomelang ka moo dipalesa* di holang ka teng. Ha di lohe diaparo ebile ha di sebetse ka thata empa ke a le bolella hore esita le Solomone le hoja a ne a apara hantle, o ne a sa apare jwalo ka tsona.+ 28 Haeba ena ke tsela eo Modimo a apesang dimela tsa naha ka yona, tse leng teng kajeno mme hosane di lahlelwa ka ontong, na a ke ke a le apesa le ho feta, lona ba nang le tumelo e nyenyane? 29 Ka hoo, tlohelang ho tshwenyeha ka hore na le tla jang le hore na le tla nwang, le be le tlohele ho tshwenyeha ho sa hlokahale+ 30 hobane tsena tsohle ke dintho tseo batho ba ditjhaba ba phathahanang ka tsona empa Ntate wa lona o a tseba hore le hloka dintho tsena.+ 31 Etsang hore Mmuso wa Modimo e be ntho e tlang pele bophelong ba lona* mme Modimo o tla le ekeletsa dintho tse ding.+

32 Lona mohlatswana, le se ke la tshoha+ hobane Ntate wa lona o thabela ho le fa Mmuso.+ 33 Rekisang dintho tsa lona mme le fane ka dimpho ho bafutsana.*+ Iketsetseng dipatjhe tse ke keng tsa fela, e leng letlotlo le sa feleng lehodimong,+ moo mashodu a sa atameleng le moo tshwele* e sa jeng. 34 Ka ha moo letlotlo la lona le leng teng, le dipelo tsa lona di tla ba hona teng.

35 Itokiseng,*+ le kgantshe mabone+ 36 mme le be malalaalaotswe jwalo ka batho ba emetseng monga bona hore a kgutle+ letjhatong+ e le hore ha a fihla a kokota ba tle ba mo bulele hanghang. 37 Makgoba ao a a thaba ha monga ona a fihla a fumana a fadimehile. Ka nnete ke re ho lona, o tla itokisa,* a re makgoba a dule tafoleng ebe o a a ngwathela. 38 Le haeba a ka fihla hara mpa ya bosiu* kapa ha mokoko o lla* ebe o fumana makgoba a ntse a fadimehile, a tla thaba. 39 Empa hopolang hore haeba mongantlo a ne a tsebile hore na leshodu le tla fihla ka nako efe, a ka be a sa ka a dumella hore ntlo ya hae e thuhuwe.+ 40 Le lona le dule le itokisitse hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”+

41 Yaba Petrose o re: “Morena, papiso ee o e bolella rona feela kapa le batho bohle?” 42 Morena a re: “Hantle ke mang mohlanka* ya tshepahalang le ya bohlale eo monga hae a tla mo kgetha hore a okamele bahlanka ba bang ba hae, a ba fe dijo tse lekaneng ka nako e tshwanetseng?+ 43 Mohlanka eo o tla thaba haeba monga hae a mo fumana a etsa jwalo. 44 Ka nnete ke a le bolella hore o tla mo kgetha hore a hlokomele dintho tsohle tsa hae. 45 Empa haeba mohlanka eo a ka re ka pelong: ‘Mongaka o dieha ho fihla,’ ebe o otla bahlankammoho le yena, o a ja, o a nwa le ho tahwa,+ 46 monga hae o tla tla ka letsatsi leo a sa le lebellang le ka hora eo a sa e lebellang. O tla mo fa kotlo e boima ho feta tsohle ebe o mo beha hara ba sa tshepahaleng. 47 Mohlanka eo o ne a utlwisisa thato ya monga hae empa ha a ka a e etsa kapa a itokisa, ka hoo o tla shapuwa haholo.+ 48 Empa mohlanka ya entseng dintho tse fosahetseng hobane a sa utlwisisa thato ya monga hae o tla shapuwa hanyenyane. E mong le e mong ya fuweng ho hongata o tla batlwa ho hongata mme ya fuweng boikarabelo bo bongata, batho ba tla batla ho hongata haholo ho yena.+

49 Ke tletse ho besa mollo lefatsheng, jwale haeba o se o ntse o tuka ke sa batlang hape? 50 Ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetswa ka yona mme ke tla dula ke kgathatsehile tjena ho fihlela nako ya yona e fetile.+ 51 Le nahana hore ke tletse ho tlisa kgotso lefatsheng? Le letho, ke tletse ho baka karohano.+ 52 Etswe ho tloha jwale ho ya pele lelapa le tla arohana. Haeba le ena le batho ba bahlano, ba bararo ba tla lwantsha ba babedi, ba babedi ba lwantshe ba bararo. 53 Ba tla arohana, ntate o tla lwantsha mora le mora a lwantshe ntate, mme a lwantshe moradi le moradi a lwantshe mme, matsale a lwantshe ngwetsi le ngwetsi e lwantshe matsale.”+

54 A re ho letshwele: “Ha le bona leru le nyoloha ka bophirimela, hanghang le re: ‘Sefefo se a tla’ mme ho ba jwalo. 55 Ha le bona moya o hlahang ka borwa o foka le re: ‘Ho tla ba le leqhubu la motjheso’ mme le ba teng. 56 Baikaketsi, le kgona ho bona hore na boemo ba lehodimo bo tla ba jwang, jwale ho tla jwang hore ebe ha le bone hore na dintho tse etsahalang mehleng ee di bolelang?+ 57 Hape ke hobaneng ha le sa ikahlolele hore na ke hofe ho nepahetseng? 58 Mohlala, ha wena le moqosi wa hao le le tseleng e yang ho morena, o sebeletse ho lokisa ditaba le yena e le hore a se ke a tloha a o isa ho moahlodi, moahlodi a o isa ho mohlanka wa lekgotla yaba mohlanka wa lekgotla o o isa teronkong.+ 59 Ka nnete ke a o jwetsa, o ke ke wa tswa moo ho fihlela o patetse le sente ya ho qetela.”*

13 Ka nako eo, batho ba bang ba neng ba le teng moo ba ile ba bolella Jesu hore Pilato o bolaile Bagalilea ba neng ba etsa mahlabelo. 2 A re ho bona: “Na le nahana hore Bagalilea baa ba shwele hobane e le baetsadibe ba fetang Bagalilea ba bang kaofela? 3 Ho hang! Empa ke a le bolella hore haeba le sa bake, le tla shwa jwalo ka ha ba shwele.+ 4 Le reng ka banna bane ba 18 bao tora ya Siloame e ba wetseng hodimo ya ba bolaya, le nahana hore e ne e le baetsadibe ba fetang banna bohle ba Jerusalema? 5 Ho hang! Empa ke a le bolella hore haeba le sa bake, le tla shwa jwalo ka ha ba shwele.”

6 A ba etsetsa papiso a re: “Monna e mong o ne a ena le sefate sa feie* tshimong ya hae ya morara, yare ha a tla a tlo kga feie, a fumana se sa beha.+ 7 A re ho motho ya hlokomelang tshimo ya hae ya morara: ‘Dilemo di tharo jwale ke ntse ke tla ke batla feie sefateng sena empa ke sa fumane letho. Se reme, ke tshenyo ya mobu feela.’ 8 Ha a mo araba a re: ‘Mongaka, se fe selemo sena hape ke tle ke se lemele ebe ke se tshella manyolo. 9 Mohlomong se tla beha, ho seng jwalo o se reme.’”+

10 Ka Sabatha e nngwe o ne a ruta ka tlung ya thapelo.* 11 Ho ne ho ena le mosadi ya neng a qetile dilemo tse 18 a holofaditswe ke modemona. O ne a kotlobane haholo hoo a neng a sa kgone ho inamoloha ho hang. 12 Ha Jesu a mo bona a re ho yena: “Ngwaneso,* o tlo fola.”+ 13 A mo beha matsoho mme hanghang mosadi eo a otloloha yaba o rorisa Modimo. 14 Empa molaodi ya okamelang ntlo ya thapelo* o ne a halefile hobane Jesu a phekotse motho ka Sabatha. Ka hoo, a re ho letshwele: “Ho na le matsatsi a tsheletseng a mosebetsi.+ Ha le batla ho phekolwa le tle ka ona matsatsi ao, eseng ka Sabatha.”+ 15 Morena a re ho yena: “Lona baikaketsi,+ ka Sabatha e mong le e mong wa lona o fasolla poho kapa tonki ya hae setaleng ebe o yo e nwesa.+ 16 Mosadi enwa eo e leng ngwana wa Abrahama o qetile dilemo tse 18 a sotlwa ke Satane. Jwale na yena ha a lokela ho phekolwa ka Sabatha?” 17 Ka mora hore a tjho jwalo, bahanyetsi ba hae kaofela ba swaba empa letshwele kaofela la thabela dintho tsohle tse ntle tseo a di entseng.+

18 Ka mora moo a re: “Ebe Mmuso wa Modimo o tshwana le eng, nka o bapisa le eng? 19 O tshwana le peo ya mosetareta eo motho e mong a ileng a e lema jareteng ya hae. E ile ya hola ya eba jwalo ka sefate mme dinonyana tsa hahela makaleng a sona.”+

20 A boela a re: “Ke tla bapisa Mmuso wa Modimo le eng? 21 O tshwana le tomoso eo mosadi a ileng a e nka a e tswaka le dijeke tse tharo tse kgolo tsa phofo* ho fihlela hlama eo kaofela e betse.”+

22 Ha a le tseleng e yang Jerusalema, a tsamaya metse le metsana a ntse a ruta batho. 23 Monna e mong a re ho yena: “Morena, na ke nnete hore ho tla pholoswa ba seng bakae feela?” Jesu a re ho bona: 24 “Lwanelang ho kena ka monyako o monyenyane*+ hobane ke a le bolella hore ba bangata ba tla batla ho kena empa ba ke ke ba kgona. 25 Hang ha monga ntlo a ema a notlela lemati, le tla ema ka ntle le ntse le kokota le re: ‘Morena, re bulele.’+ Empa o tla re ho lona: ‘Ha ke tsebe hore na le tswa kae.’ 26 Jwale le tla re: ‘Re ne re ja, re nwa le wena ebile o ruta batho diterateng tse kgolo tsa motse wa rona.’+ 27 O tla re ho lona: ‘Ha ke tsebe hore na le tswa kae. Tlohang ho nna kaofela lona ba sa lokang.’ 28 Ke hona moo le tla lla le ho tsikitlanya meno teng ha le bona Abrahama, Isaka, Jakobo le baprofeta bohle Mmusong wa Modimo empa lona le tla be le lahletswe ka ntle.+ 29 Hape batho ba tla tla ba tswa ka botjhabela, bophirimela, leboya le borwa mme ba dule tafoleng Mmusong wa Modimo. 30 Ho na le ba bang ba ho qetela bao e tla ba ba pele hape ho na le ba bang ba pele bao e tla ba ba ho qetela.”+

31 Bafarisi ba bang ba tla ho yena ka yona nako eo ba re: “Baleha hobane Heroda o batla ho o bolaya.” 32 Yaba o re ho bona: “Jwetsang phokojwe eno hore ke re: ‘Letsatsing lena le hosane ke tla be ke leleka bademona ke be ke fodise batho, ka letsatsi la boraro ke tla be ke qetile mosebetsi wa ka.’ 33 Empa hore na ho etsahalang, ke tla etsa mosebetsi wa ka letsatsing lena, hosane le ha ho feta hosane, ke tswele pele ka leeto la ka hobane moprofeta a ka bolaelwa Jerusalema feela, eseng sebakeng sefe kapa sefe.+ 34 Jerusalema, Jerusalema, mmolai wa baprofeta le ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho yena,+ ke hakae ke neng ke batla ho bokella bana ba hao jwalo ka ha kgoho e bokella ditsuonyana tsa yona empa la nna la hana?+ 35 Modimo o tla tlohela ntlo ya lona a le siye le yona.*+ Ke a le bolella, ho hang le ke ke la mpona ho fihlela le re: ‘Ho hlohonolofetse ya tlang ka lebitso la Jehova.’”*+

14 Ka Sabatha e nngwe ha Jesu a tlile dijong ha e mong wa baetapele ba Bafarisi, batho ba ne ba mo shebile ka hloko. 2 Ka pela hae ho ne ho ena le monna ya nang le lefu le mo ruruhisang maoto le matsoho. 3 Jesu a re ho Bafarisi le ditsebi tsa Molao: “Na molao o dumella hore motho a fodiswe ka Sabatha?”+ 4 Yaba ba a itholela. Jesu a tshwara monna eo, a mo fodisa, ha a qeta a re a tsamaye. 5 Ka mora moo a re ho bona: “Ho lona moo ke mang ya ke keng a potlakela ho ntsha poho ya hae kapa ngwana wa hae ka sedibeng+ hobane feela e le Sabatha?”+ 6 Le lekgetlong lena ba hloleha ho mo araba.

7 Ha a bona baeti ba ikgethela ditulo tse ka pelepele,+ a re ho bona: 8 “Ha motho a o memme letjhatong, o se ke wa dula ditulong tse ka pelepele.+ Ho ka etsahala hore ebe o memme e mong ya hlaheletseng ho o feta. 9 Ka hoo, o tla tla ho wena a re: ‘Ere motho enwa a dule mona.’ Jwale o tla tloha moo o swabile ebe o ya ditulong tse moraorao. 10 Ha o menngwe, o dule ditulong tse ka moraorao e le hore ha motho ya o memmeng a tla a tle a re ho wena: ‘Motswalle, eya ditulong tse ka pelepele.’ Jwale batho bohle bao o menngweng le bona ba tla o hlompha.+ 11 Etswe mang kapa mang ya iphahamisang o tla kokobetswa empa mang kapa mang ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”+

12 Ka mora moo a re ho motho ya mo memmeng: “Ha o memela batho dijong ebang ke tsa motshehare kapa tsa mantsiboya, o se ke wa mema metswalle ya hao, bana beno, beng ka wena kapa baahisani ba ruileng hobane ba ka nna ba o patala ka hore le bona ba o meme. 13 Empa ha o etsa mokete, o meme bafutsana, ba holofetseng le ba sa boneng.+ 14 O tla thaba hobane ba tla be ba se na letho leo ba ka o patalang ka lona. Modimo o tla o buseletsa mohla a tsosang+ batho ba lokileng.”

15 Ha e mong wa batho ba menngweng ha mmoho le Jesu a utlwa ditaba tsena a re ho yena: “Ho lehlohonolo ya tla ba moketeng* wa Mmuso wa Modimo.”

16 Jesu a re ho yena: “Motho e mong o ne a entse mokete o moholo+ yaba o mema batho ba bangata. 17 Ha nako ya mokete e fihla, a roma lekgoba la hae hore le tle le re ho batho ba menngweng: ‘Tloong hobane dintho di se di lokile.’ 18 Empa kaofela ba qala ho ikgula.+ Wa pele a re: ‘Ke rekile tshimo jwale ke lokela ho tsamaya ke yo e bona, ke kopa ho lokoloha.’ 19 E mong a re: ‘Ke rekile dikgomo tse leshome,* ke lokela ho ya di hlahloba, ke kopa ho lokoloha.’+ 20 E mong hape a re: ‘Ke sa tswa nyala ka hoo, ke kopa hore ke se ke ka tla.’ 21 Ha lekgoba leo le kgutla le tlalehela monga lona dintho tsena, monga lona a halefa yaba o re ho lona: ‘Phakisa o ye diterateng tse kgolo tsa motse o tle le bafutsana, batho ba holofetseng le ba sa boneng.’ 22 Ha lekgoba leo le kgutla la re: ‘Monga ka, ke entse jwalo ka ha o ntaetse empa ho sa ntse ho ena le sebaka.’ 23 Monga lekgoba leo a re ho lona: ‘Eya ditseleng tse kgolo le tse nyenyane o kgothaletse batho hore ba tle e le hore ntlo ya ka e ka tlala.+ 24 Ke a le bolella, ha ho le ya mong wa batho bao ke neng ke ba memme pele ya tla ja dijo tsa mokete wa ka.’”+

25 Jesu o ne a setswe morao ke batho ba bangata, a ba hetla yaba o re ho bona: 26 “Motho e ke ke ya eba morutuwa+ wa ka haeba a rata ntate wa hae, mme wa hae, mosadi wa hae, bana ba hae le bana babo ho mpheta esita le haeba a ithata ho mpheta.+ 27 Motho e mong le e mong ya sa ikemisetsang ho mamella mahloriso* ebe o ntshala morao e ke ke ya eba morutuwa wa ka.+ 28 Ho lona moo, ke mang eo e reng ha a batla ho haha tora, a sa duleng fatshe pele ebe o bala ditshenyehelo ho bona hore na o tla hloka thepa e kae hore a e qete? 29 Ho seng jwalo, a ka nna a haha motheo wa yona feela ebe ha a kgone ho e qeta. Jwale batho ba mo bonang ba tla mo tsheha ba re: 30 ‘Motho enwa o sitilwe ho qeta mohaho wa hae, o kgonne ho haha motheo feela.’ 31 Kapa na o teng morena ya yang ntweng ka masole a 10 000 a sa sheba pele hore na a ka hlola morena wa masole a 20 000? 32 Empa haeba a hlokomela hore a ke ke a kgona ho mo hlola, o tla roma sehlopha sa baemedi ha morena eo a sa le hole e le hore ba bope kgotso. 33 Ka hoo, le hopole hore haeba motho a sa tele dintho tsohle tsa hae, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.+

34 Letswai le molemo empa haeba le tapa, le tla nokwa kang hore le be le tatso hape?+ 35 Ha le sa na thuso bakeng sa mobu kapa bakeng sa hore e be monontsha, le lahlelwa ka ntle. Ya nang le ditsebe a ke a utlwe.”+

15 Babokelli ba lekgetho le baetsadibe bohle ba tla ho Jesu e le hore ba mo mamele.+ 2 Ka lebaka leo, Bafarisi le bangodi ba nna ba honotha ba re: “Monna enwa o amohela baetsadibe ebile o ja le bona.” 3 Jesu a ba etsetsa papiso a re: 4 “Haeba motho a ena le dinku tse 100 ebe e le nngwe e a lahleha, na a ke ke a siya tse 99 naheng ebe o yo batla e le nngwe eo e lahlehileng ho fihlela a e fumana?+ 5 Ha a e fumana o e jara mahetleng a thabile. 6 Ha a fihla lapeng o bitsa metswalle le baahisani ba hae kaofela ebe o re: ‘Thabang le nna hobane ke fumane nku ya ka e neng e lahlehile.’+ 7 Ke a le bolella hore ha moetsadibe a le mong a baka,+ ho ba le thabo e kgolo lehodimong ho feta ha ho ena le ba 99 ba sa hlokeng ho baka.

8 Ke mosadi ofe ya nang le ditjhelete tsa tshepe* tse leshome, eo ereng ha e le nngwe e lahleha ebe ha a kgantshe le ho fiela ka tlung ya hae hore a e batle ho fihlela a e fumana? 9 Ha a e fumana, o bitsa metswalle ya hae le baahisani ebe o re: ‘Thabang le nna ha ke fumane tjhelete ya ka ya tshepe* e neng e lahlehile.’ 10 Ka tsela e tshwanang, mangeloi a Modimo a thaba haholo ha moetsadibe a le mong a baka.”+

11 Jesu a boela a re: “Ho ne ho ena le motho ya nang le bara ba babedi. 12 Wa ho fela a re ho ntate wa hae: ‘Ntate, mphe karolo ya lefa la ka.’ Yaba o ba arolela mafa a bona. 13 Ka mora matsatsi a seng makae, wa ho fela a paka thoto yohle ya hae a ya naheng e hole. Ha a fihla moo, a ja lefa la hae ha bohlaswa yaba o phela bophelo bo ditshila. 14 Ka mora hore a senye ntho e nngwe le e nngwe ya hae, ha eba le tlala e kgolo naheng eo yaba o a futsaneha. 15 A qetella a batlile mosebetsi ho e mong wa baahi ba moo yaba o mo fa mosebetsi wa ho disa dikolobe masimong a hae.+ 16 O ne a lakatsa le ho ja dijo tsa dikolobe* empa ho ne ho se na motho ya mo fang letho.

17 Ha a hlaphohelwa a re: ‘Heso ho na le batho ba bangata ba nang le ntho eo ba e jang ha nna ke bolawa ke tlala mona. 18 Ke tla tsamaya ke ye hae ebe ke re ho Ntate: “Ntate, ke o sitetswe ebile ke sitetswe le Modimo ya lehodimong. 19 Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao. Ke kopa o nketse e mong wa bahiruwa ba hao.”’ 20 A tsamaya a kgutlela hae. Yare ha a sa le hole ntate wa hae a mo bona, a mo utlwela bohloko, a matha a ya ho yena a mo haka yaba o a mo suna. 21 Mora eo a re ho ntate wa hae: ‘Ntate, ke o sitetswe ebile ke sitetswe le Modimo ya lehodimong.+ Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao. Ke kopa o nketse e mong wa bahiruwa ba hao.’ 22 Empa ntate eo a re ho makgoba a hae: ‘Phakisang le tle le seaparo se selelele se setle, le mo apese sona, le mo rwese reng le be le mo rwese dieta.* 23 Le tlise namane e nonneng, le e hlabe, re etse mokete re je 24 hobane mora enwa wa ka o ne a shwele empa o boetse o a phela,+ o ne a lahlehile empa o fumanwe.’ Yaba ba qala ho keteka.

25 Ha mora e moholo a tswa masimong a atamela ntlo, a utlwa lerata la mmino le batho ba tantshang. 26 A bitsa e mong wa bahlanka a mo botsa hore na ho etsahalang. 27 A re ho yena: ‘Ngwaneno o kgutlile, jwale ntate wa hao o hlabile namane e nonneng hobane o kgutlile a ntse a phetse hantle.’* 28 A halefa, a hana ho kena yaba ntate wa hae o a tswa o mo kopa hore a kene. 29 A re ho ntate wa hae: ‘Ke o sebeleditse ka dilemo tse ngata ebile ha ke eso tlole le o mong wa melao ya hao empa ha ho mohla o kileng wa mpha le ha e le potsanyane e le nngwe feela hore ke je le metswalle ya ka. 30 Empa ha ngwana enwa wa hao ya jeleng leruo la hao le matekatse a fihla, o mo hlabela namane e nonneng.’ 31 Ntate a re ho yena: ‘Ngwanaka, haesale o ena le nna, dintho tsohle tsa ka ke tsa hao. 32 Empa re ne re tlameha ho keteka, re thabe hobane ngwaneno o ne a shwele empa o boetse o a phela, o ne a lahlehile empa o fumanwe.’”

16 Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Morui e mong o ile a bolellwa hore mohlanka ya okametseng ntlo ya hae o a mo senyetsa. 2 Ka hoo, a mo bitsa mme a re ho yena: ‘Ha ke rate ditaba tseo ke di utlwang ka wena. Tlisa tlaleho ya mosebetsi wa hao ka ha o ke ke wa hlola o okamela ntlo ena.’ 3 Mohlanka eo a re ka pelong: ‘Ke tla etsang ha e le moo monga ka a nkamoha bookamedi? Ha ke na matla a ho sebetsa masimong, le teng ke dihlong ho kopa. 4 Eke! Ke a tseba hore na ke tla etsang e le hore ha ke tloswa bookameding, batho ba tle ba nkamohele malapeng a bona.’ 5 A bitsa motho e mong le e mong ya kolotang monga hae yaba o re ho wa pele: ‘O kolota monga ka eng?’ 6 A re: ‘Dibate* tse 100 tsa oli ya mohlwaare.’ Mohlanka eo a re ho yena: ‘Kgutla le lengolo la hao la tumellano ya sekoloto, o phakise o ngole hore o kolota tse 50.’ 7 Ka mora moo a re ho e mong: ‘Wena o kolotang?’ A re: ‘Mekotla e 100 ya koro.’* Mohlanka eo a re ho yena: ‘Kgutla le lengolo la hao la tumellano ya sekoloto, o ngole e 80.’ 8 Yaba monga mohlanka eo o a mo babatsa hobane a le bohlale le hoja a ne a sa loka. Etswe batho ba mehleng ena* ba bohlale ho feta bahlanka ba Modimo.*+

9 Hape ke re ho lona, iketsetseng metswalle ka maruo a lefatshe lena le sa lokang*+ e le hore ha a fela, metswalle eo e ka le amohela dibakeng tsa bodulo tse tla dula di le teng.+ 10 Motho ya tshepahalang dinthong tse nyenyane o tshepahala le ho tse kgolo mme motho ya sa tshepahaleng dinthong tse nyenyane ha a tshepahale le ho tse kgolo. 11 Ka hona, haeba le sa ka la tshepahala ha le sebedisa maruo a lefatshe lee le sa lokang, ke mang ya tla le tshepela maruo a sebele? 12 Haeba le sa ka la tshepahala ha le sebedisa dintho tsa motho e mong, ke mang ya tla le fa tsa lona?+ 13 Ha ho na mohlanka ya ka sebeletsang benghadi ba babedi hobane o tla rata e mong ebe o hloya e mong kapa a hlomphe e mong ebe o tella e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Maruo.”+

14 Bafarisi le bona ba ne ba mo mametse empa ka ha ba ne ba rata tjhelete, ba ile ba mo soma.+ 15 Jesu a re ho bona: “Le etsa eka le lokile ka pela batho+ empa Modimo o tseba dipelo tsa lona+ hobane dintho tseo batho ba nkang di le bohlokwa di a nyonyeha ho Modimo.+

16 Molao le mantswe a Baprofeta a ile a phatlalatswa ho fihlela Johanne a fihla. Ho tloha ka nako eo ho ya pele, haesale ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo di ntse di phatlalatswa mme motho e mong le e mong o sebetsa ka thata hore a kene ho ona.+ 17 Le haeba lehodimo le lefatshe di ka timela, lentswe le leng le le leng le hlahang Molaong le tla phethahala.*+

18 E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae ebe o nyala e mong o a feba hape mang kapa mang ya nyalang mosadi ya hladilweng le yena o a feba.+

19 Ho ne ho ena le monna e mong wa morui ya neng a tlwaetse ho apara diaparo tse pherese tsa line, a phela ha monate a etsa mekete ya semetletsa. 20 Ho ne ho boetse ho ena le monna e mong wa mokopakopa ya bitswang Lazaro ya neng a tletse diso. O ne a atisa ho behwa keiting ya morui eo 21 mme a lakatsa ho ja dijo tse welang tafoleng ya morui. Le dintja di ne di tla ebe di nyeka diso tsa hae. 22 Ka mora nako, monna wa mokopakopa a shwa mme mangeloi a mo isa haufi le Abrahama.*

Monna wa morui le yena a shwa a patwa. 23 Ha a le Lebitleng* a ntse a hlokofala, a sheba hodimo yaba o bonela Lazaro hole a le haufi le Abrahama.* 24 Ka hoo, a hweletsa a re: ‘Ntate Abrahama, ke kopa o nkgauhele, o re Lazaro a qopetse monwana ka metsing a phodise leleme la ka hobane ke tjha ha bohloko* mollong ona o bohale.’ 25 Abrahama a re ho yena: ‘Ngwanaka, o hopole hore wena o ile wa phela ha monate ha Lazaro a sotlehile. Jwale hona jwale ke nako ya hore a tshediswe, wena o utlwe bohloko. 26 Ntle ho moo, ho na le kgohlo e kgolo pakeng tsa rona le lona e sitisang ba batlang ho tshelela ka ho rona hore ba fete le ba batlang ho tshelela ka ho lona hore ba tshele.’ 27 Morui eo a re: ‘Ntate, haeba ho jwalo, ke kopa o mo rome heso 28 hobane ke na le bana beso ba bahlano, a tle a bue le bona ka thata e le hore ba tle ba se ke ba qetella ba le mona moo batho ba utlwang bohloko haholo.’ 29 Empa Abrahama a re: ‘Ba na le mangolo a Moshe le a Baprofeta, ba tla rutwa ke ona.’+ 30 Monna eo a re: ‘Ntate Abrahama, ba ke ke ba mamela empa haeba motho e mong ya tsohileng bafung a ka ya ho bona ba tla baka.’ 31 Abrahama a re ho yena: ‘Haeba ba sa mamele ditaba tse ka hara mangolo a Moshe+ le a Baprofeta, ba ke ke ba mamela le ha mofu a ka tsoha.’”

17 Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Dintho tse dihelang batho sebeng di tla dula di le teng empa ho madimabe motho eo di tlang ka yena. 2 Ho ka ba molemo haholo hore lelwala le tlamellwe molaleng wa motho eo ebe o lahlelwa ka lewatleng ho ena le hore a dihele e mong wa ba banyenyane bana sebeng.+ 3 Ka hoo le itlhokomele. Haeba ngwaneno a etsa sebe o mo kgalemele,+ haeba a baka o mo tshwarele.+ 4 Le ha a ka ba a o sitelwa ka makgetlo a supileng ka letsatsi ebe o kgutlela ho wena ka makgetlo ao a supileng a re o mo tshwarele, o fele o mo tshwarele.”+

5 Baapostola ba re ho Morena: “Re thuse ho ba le tumelo e matla.”+ 6 Morena a re: “Haeba le ne le ena le tumelo e lekanang le peo ya mosetareta, le ne le tla re ho sefate sena sa monokotshwai o motsho: ‘Tloha mona o yo mela ka lewatleng’ ebe se a le mamela.+

7 Haeba o ena le lekgoba le lemang kapa le disang, na ha le tswa masimong o ka re ho lona: ‘Phakisa o tlo dula tafoleng o je’? 8 Kapa o tla re: ‘Nketsetse dijo tsa mantsiboya, o apare foreskoto ebe o mpha dintho tseo ke di hlokang ho fihlela ke qetile ho ja le ho nwa. Ka mora moo, o ka ja wa nwa’? 9 O ke ke wa leboha lekgoba leo hobane feela le entse dintho tseo o itseng le di etse. 10 Ka hoo, le lona ha le entse dintho tsohle tseo ho itsweng le di etse, le re: ‘Re makgoba a se nang thuso, re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa.’”+

11 Ha Jesu a le tseleng e yang Jerusalema, a feta pakeng tsa Samaria le Galilea. 12 Yare ha a kena motseng o mong, banna ba leshome ba nang le lepera ba mo bona empa ba emella hole.+ 13 Yaba ba a hweletsa ba re: “Jesu, Mosuwe, re hauhele!” 14 Ha a ba bona a re ho bona: “Tsamayang le ye ho baprista ba le bone.”+ Ha ba sa le tseleng, ba fola.+ 15 Ha e mong wa bona a bona hore o fodile, a kgutla, a hweletsa a rorisa Modimo, 16 a kgumama ka pela Jesu a mo leboha. Monna eo e ne e le Mosamaria.+ 17 Yaba Jesu o re: “Ha ho fodisitswe batho ba leshome, ba robong ba kae? 18 E le hore ke monna eo feela wa moditjhaba ya kgutlileng ho tla tlotlisa Modimo?” 19 Yaba o re ho monna eo: “Ema o tsamaye, tumelo ya hao e o fodisitse.”+

20 Bafarisi ba ile ba botsa Jesu hore na Mmuso wa Modimo o tla neng+ yaba o re ho bona: “Ha Mmuso wa Modimo o tla, ha se batho bohle ba tla hlokomela 21 ebile ha ho na motho ya tla re, ‘Ke ona mona!’ kapa, ‘Ke wane!’ Hobane Mmuso wa Modimo o hara lona.”+

22 Yaba o re ho barutuwa: “Ho na le nako eo le tla batla hore Mora motho a fihle le ntse le phela empa ho ke ke ha etsahala jwalo. 23 Batho ba tla re ho lona, ‘Bonang ke enwa!’ kapa, ‘Bonang ke yane!’ Le se ke la tswa kapa la matha ka mora bona.+ 24 Etswe feela jwalo ka ha lehadima le tsekema ho tloha karolong e nngwe ya lehodimo ho ya ho e nngwe, ha Mora motho+ a eba teng ho tla ba jwalo.+ 25 Empa pele o tla hloriswa hampe le ho lahlwa ke batho ba moloko ona.+ 26 Ho feta moo, ha Mora motho a eba teng,+ ho tla tshwana le mehleng ya Noe.+ 27 Batho ba ne ba ja, ba nwa, banna ba nyala le basadi ba nyadiswa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona+ yaba Morwallo o a fihla o ba bolaya kaofela.+ 28 Hape ho tla tshwana le mehleng ya Lota.+ Batho ba ne ba ja, ba nwa, ba reka, ba rekisa, ba lema ba bile ba haha. 29 Empa letsatsing leo Lota a ileng a tswa Sodoma ka lona, mollo le sebabole di ile tsa theoha lehodimong tsa ba timetsa kaofela.+ 30 Ho tla ba jwalo ka letsatsi leo Mora motho a iponahatsang ka lona.+

31 Letsatsing leo, motho ya ka hodima ntlo eo thepa ya hae e leng ka tlung a se ke a theoha ho ya e nka le motho ya ileng masimong a se ke a kgutlela morao. 32 Hopolang mosadi wa Lota.+ 33 Mang kapa mang ya lekang ho sireletsa bophelo ba hae, o tla fellwa ke bona. Empa mang kapa mang ya shwang ka lebaka la ka, o tla phela hape.+ 34 Ke a le jwetsa, bosiung boo batho ba babedi ba tla be ba le betheng e le nngwe, e mong o tla nkuwa, e mong a siuwe.+ 35 Basadi ba babedi ba tla be ba sila lelwaleng le le leng, e mong o tla nkuwa, e mong a siuwe.” 36 * —— 37 Ka hoo ba re ho yena: “Hokae Morena?” A re ho bona: “Moo ho nang le setopo, dintsu di tla bokana teng.”+

18 Jesu o ne a batla ho ba ruta hore ba dule ba rapela+ le hore ba se ke ba nyahama yaba o ba etsetsa papiso o re: 2 “Motseng o mong ho ne ho ena le moahlodi ya sa hlompheng Modimo a bile a sa tshabe batho. 3 Ho ne ho boetse ho ena le mohlolohadi motseng oo. O ne a dula a ya ho moahlodi eo ebe o re ho yena: ‘Etsa bonnete ba hore nyewe ya ka e sebetswa ka toka.’ 4 Ho ile ha feta nako e telele a sa thuse mosadi eo empa ha morao a inahana a re: ‘Ke nnete ha ke hlomphe Modimo ebile ha ke tshabe batho 5 empa ka ha mohlolohadi enwa o dula a nkgathatsa, ke tla etsa bonnete ba hore nyewe ya hae e sebetswa ka toka e le hore a tlohele ho ntena.’”*+ 6 Jwale Jesu a re: “Na le a utlwa hore na moahlodi eo o itseng le hoja a sa loka? 7 Na Modimo le yena a ke ke a etsa bonnete ba hore toka e a phethwa bakeng sa bahlanka ba hae ba mo llelang bosiu le motshehare?+ O tla fela a etse jwalo le hoja a ena le mamello.+ 8 Ke a le tshepisa hore o tla etsa bonnete ba hore toka e phethwa ka potlako. Empa na ha Mora motho a tla o tla fumana batho ba nang le tumelo* lefatsheng?”

9 A boela a bua le batho ba bang ba neng ba itshepa, ba nka hore ba lokile ba bile ba dumela hore ba phahametse batho ba bang kaofela, a ba etsetsa papiso a re: 10 “Banna ba babedi ba ile ba nyolohela tempeleng ho ya rapela. E mong e ne e le Mofarisi, e mong e le mmokelli wa lekgetho. 11 Mofarisi a ema yaba o rapella ka pelong o re: ‘Modimo, ke a o leboha hore ebe ha ke tshwane le batho ba bang kaofela, ba kang mashodu, balotsana, ba febang kapa esita le mmokelli enwa wa lekgetho. 12 Ke itima dijo habedi ka beke ebile ke fana ka karolo ya leshome ya dintho tsohle tseo ke nang le tsona.’+ 13 Empa mokelli wa lekgetho o ne a emeletse hojana a bile a sa batle le ho sheba lehodimong. O ile a bontsha hore o swabile* a re: ‘Modimo, nkgauhele nna moetsadibe.’+ 14 Ke a le bolella, ho Modimo monna eo o ile hae e le motho ya lokileng ho feta Mofarisi yane.+ Hobane mang kapa mang ya iphahamisang o tla kokobetswa empa mang kapa mang ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”+

15 Batho ba tlisa bana ba bona ba banyenyane ho yena hore a ba hlohonolofatse* empa barutuwa ba ba kgalemela+ ha ba bona ba etsa jwalo. 16 Empa Jesu a bitsetsa bana ba banyenyane ho yena a re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho nna. Le se ke la leka ho ba thiba hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba tshwanang le bona.+ 17 Ka nnete ke re ho lona, mang kapa mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwalo ka ngwana e monyenyane ho hang a ke ke a kena ho ona.”+

18 Yaba mmusi e mong o re ho yena: “Mosuwe ya molemo, ke etseng hore ke fumane bophelo bo sa feleng?”+ 19 Jesu a re ho yena: “Ke hobaneng ha o mpitsa ya molemo? Ha ho na motho ya molemo haese Modimo feela.+ 20 O tseba ditaelo tsena: ‘O se ke wa bolaya,+ o se ke wa feba,+ o se ke wa utswa+ kapa wa fana ka bopaki ba bohata.+ O hlomphe ntate wa hao le mme wa hao.’”+ 21 Monna eo a re: “Haesale ke phetha ditaelo tsena ho tloha botjheng ba ka.” 22 Ha Jesu a utlwa a tjho jwalo a re ho yena: “Ho haella ntho e le nngwe ho wena: Tsamaya o rekise dintho tsa hao ebe o fa bafutsana tjhelete eo, jwale o tla ba le letlotlo lehodimong. Ka mora moo o tle o be molatedi wa ka.”+ 23 Ha a utlwa mantswe ao, a sarelwa ha bohloko hobane o ne a ruile haholo.+

24 Jesu a mo sheba yaba o re: “E tla ba ntho e thata hore barui ba kene Mmusong wa Modimo.+ 25 Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.”+ 26 Batho ba neng ba mametse ba re: “Ebe ke mang ya ka pholohang?”+ 27 Jesu a re: “Dintho tse ke keng tsa kgoneha ho batho di a kgoneha ho Modimo.”+ 28 Empa Petrose a re: “Bona, re siile dintho tsa rona mme ra o latela.”+ 29 Jesu a re ho bona: “Ka nnete ke re ho lona, e mong le e mong ya siileng ntlo, mosadi, bana babo, batswadi kapa bana ka lebaka la Mmuso wa Modimo,+ 30 o tla fumana ho hongata le ho feta hona jwale ebe lefatsheng le letjha le tlang* o fumana bophelo bo sa feleng.”+

31 A nkela baapostola lekunutung yaba o re ho bona: “Re nyolohela Jerusalema mme dintho tsohle tseo baprofeta ba di ngotseng ka Mora motho di tla phethahala.+ 32 Mohlala, ba tla nehelana ka yena ho baditjhaba,+ a songwe,+ a tshwelwe ka mathe le ho tshwarwa hampe.+ 33 Ba tla mo shapa ba be ba mo bolaye+ empa o tla tsoha ka letsatsi la boraro.”+ 34 Le ha ho le jwalo, ba ne ba sa utlwisise dintho tsena hobane ba ne ba patetswe moelelo wa tsona.

35 Ha Jesu a atamela Jeriko, ho ne ho ena le monna e mong ya sa boneng ya dutseng pela tsela a ntse a kopa.+ 36 Ka ha o ile a utlwa letshwele le feta, a botsa hore na ho etsahalang. 37 Ba re ho yena: “Jesu wa Monazaretha o a feta.” 38 Yaba o a hweletsa o re: “Jesu Mora wa Davida, nkgauhele!” 39 Ba neng ba tsamaya ka pelepele letshweleng ba mo kgalemela ba re a thole empa a hweletsa le ho feta a re: “Mora wa Davida, nkgauhele!” 40 Jesu a ema a re monna eo a tliswe ho yena. Ha a se a atametse, Jesu a re ho yena: 41 “O batla ke o etsetseng?” Monna eo a re ho yena: “Morena, e re ke boele ke bone.” 42 Ka hoo, Jesu a re ho yena: “Mahlo a hao a ke a boele a bone, tumelo ya hao e o fodisitse.”+ 43 Hanghang a boela a bona mme a qala ho mo latela+ a rorisa Modimo. Ha batho bohle ba bona mohlolo oo, le bona ba rorisa Modimo.+

19 Yaba Jesu o kena motseng wa Jeriko. 2 Motseng oo ho ne ho ena le monna e mong ya bitswang Zakiase. E ne e le mmokelli e moholo wa lekgetho a bile a ruile. 3 O ne a batla ho bona hore na Jesu enwa ke mang empa a sitwa ho mo bona ka lebaka la bongata ba letshwele hobane o ne a le mokgutshwanyane. 4 Ka hoo, a mathela pele yaba o hlwella sefateng* e le hore a tsebe ho mo bona hobane o ne a tlo feta moo. 5 Ha Jesu a fihla moo, a lelala yaba o re ho yena: “Zakiase, theoha kapele hobane letsatsing lena ke ya ha hao.” 6 A theoha kapele yaba o mo amohela ha hae a thabile. 7 Empa ha ba bona taba ena ba honotha kaofela ba re: “O tjhaketse monna wa moetsadibe.”+ 8 Yaba Zakiase o a ema o re ho Morena: “Morena, ke fa bafutsana halofo ya dintho tsa ka mme mang kapa mang eo ke mo nketseng dintho tsa hae ka bolotsana, ke mo kgutlisetsa tsona di imenne ka makgetlo a mane.”+ 9 Yaba Jesu o re ho yena: “Letsatsing lena Modimo o pholositse monna enwa le ba lelapa la hae hobane monna enwa le yena ke ngwana wa Abrahama. 10 Etswe Mora motho o tletse ho batla le ho pholosa batho ba lahlehileng.”+

11 Ha ba sa ntse ba mo mametse, a ba etsetsa papiso e nngwe hobane ba ne ba nahana hore ha ba fihla Jerusalema Mmuso wa Modimo o tla bonahala hanghang.+ 12 A re ho bona: “Monna e mong wa lelapa la boreneng o ile a ya naheng e hole+ e le hore a tle a kgutle a ena le matla a borena. 13 A bitsa makgoba a hae a leshome yaba o a fa dimina* tse leshome a re ho ona: ‘Etsang kgwebo ka tsona ho fihlela ke kgutla.’+ 14 Empa ka ha baahi ba naha ya habo ba ne ba mo hloile, ba roma batho ho yena hore ba re: ‘Ha re batle hore o be morena wa rona.’

15 Ha a kgutlela ha habo a se a ena le matla a borena, a bitsa makgoba ane ao a neng a a file tjhelete* e le hore a fumane hore na a entse phaello e kae ha a ntse a hweba.+ 16 La pele la fihla la re: ‘Morena, mina ya hao e entse phaello ya dimina tse leshome.’+ 17 Ka hoo, monga hae a re ho yena: ‘O entse hantle wena lekgoba le molemo. Ka ha o tshepahetse nthong e nyenyane, busa metse e leshome.’+ 18 La bobedi la fihla la re: ‘Morena, mina ya hao e entse dimina tse hlano.’+ 19 Morena a re ho lona: ‘Le wena busa metse e mehlano.’ 20 Empa le leng la fihla la re: ‘Morena, mina ya hao ke ena, esale ke e bolokile ka hara lesela. 21 Ke ne ke o tshaba hobane o motho ya se nang mohau, o ithuisa ka mosebetsi wa motho e mong ebile o kotula moo o sa jalang.’+ 22 Morena a re ho lona: ‘Wena lekgoba le kgopo, ke o ahlola ka mantswe a hao. Ha o tsebile hore ke motho ya se nang mohau, ya ithuisang ka mosebetsi wa motho e mong ya bileng a kotulang moo a sa jalang,+ 23 ha o a isa tjhelete* ya ka bankeng keng ke tle ke e late e ena le tswala ha ke kgutla?’

24 Yaba Morena o re ho ba emeng haufi: ‘Mo tsekiseng mina eno le e fe ya nang le tse leshome.’+ 25 Ba re ho yena: ‘Morena empa o na le dimina tse leshome!’ 26 A re: ‘Ke re ho lona, e mong le e mong ya nang le letho o tla ekeletswa empa ya se nang letho o tla amohuwa le hoo a nang le hona.+ 27 Ha e le dira tsena tsa ka tsona tse neng di sa batle ha ke di busa, di tliseng kwano le di bolaele ka pela ka.’”

28 Ha Jesu a qeta ho bua dintho tsena, a nyolohela Jerusalema. 29 Ha a atamela Thaba ya Mehlwaare+ moo Bethefage le Bethani di leng hona teng, a roma barutuwa ba babedi+ a re: 30 “Tsamayang le kene motsaneng wane o ka pela lona. Ha le fihla le tla fumana petsana ya tonki e tlanngwe. Ke petsana e eso palangwe ho hang, le e tlamolle le e tlise kwano. 31 Ya tla le botsa hore na le e tlamollelang le mo jwetse hore Morena o a e hloka.” 32 Barutuwa ba babedi bao a neng a ba romme ba tloha yaba ba fumana ho le feela jwalo ka ha a boletse.+ 33 Ha ba ntse ba tlamolla petsana, beng ba yona ba re: “Le tlamollelang petsana eo?” 34 Ba re: “Morena o a e hloka.” 35 Yaba ba a e kganna ba e isa ho Jesu, ba beha diaparo tsa bona hodima yona yaba Jesu o a e palama.+

36 Ha a ntse a tsamaya, batho ba ala diaparo tsa bona ka tseleng.+ 37 Hang ha a atamela kgoro ya Thaba ya Mehlwaare, barutuwa kaofela ba qala ho thaba, ba hweletsa ba rorisa Modimo ka lebaka la mehlolo yohle eo ba e boneng ba re: 38 “Ho hlohonolofetse ya tlang e le Morena ka lebitso la Jehova!* E se eka ho ka ba le kgotso lehodimong mme re rorise Modimo ya hodimodimo!”+ 39 Le ha ho le jwalo, ba bang ba Bafarisi hara letshwele leo ba re ho yena: “Mosuwe, kgalemela barutuwa ba hao.”+ 40 Yaba o re ho bona: “Ke a le bolella haeba ba ne ba ka thola, majwe a ne a tla hweletsa.”

41 Ha a atamela motse, a o sheba yaba o a o llela+ o re: 42 “Hoja ebe letsatsing lena o ile wa lemoha dintho tse tlisang kgotso empa jwale o di patetswe hore o se ke wa di bona+ 43 hobane ho na le nako eo ka yona dira tsa hao di tla o thibella ka dipalo tse motsu ho o potoloha, di o hlasele di hlaha ka mahlakoreng ohle.+ 44 Di tla o tabanya fatshe mmoho le bana ba hao+ mme ha ho lejwe le tla sala hodima le leng motseng ona+ hobane ha o a bona ha nako ya hore o ahlolwe* e fihla.”

45 A kena ka tempeleng, a tebela bohle ba rekisang+ 46 a re ho bona: “Mangolo a re: ‘Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo’+ empa lona le e entse lehaha la mashodu.”+

47 A nna a ruta ka tempeleng letsatsi le leng le le leng empa baprista ba baholo, bangodi le baetapele ba Bajuda ba ne ba batla ho mo bolaya.+ 48 Le ha ho le jwalo, ha ba a ka ba fumana monyetla wa ho mo bolaya hobane batho ba ne ba dula ba ena le yena e le hore ba mo mamele.+

20 Ka le leng la matsatsi ha a ntse a ruta batho ka tempeleng, a ba bolella ditaba tse monate tse tswang ho Modimo,* baprista ba baholo, bangodi le baholo ba tla ho yena 2 yaba ba re: “Ako re jwetse, dintho tsee o di etsa ka matla afe? Hona ke mang ya o fileng ona?”+ 3 Yena a re ho bona: “Le nna ke tla le botsa potso le nkarabe. 4 Na ke Modimo* ya fileng Johanne matla a ho kolobetsa kapa o a filwe ke batho?” 5 Yaba ba a buisana ba re: “Haeba re re: ‘Ke Modimo,’ o tla re ho rona: ‘Jwale ke hobaneng ha le sa ka la dumela ho yena?’ 6 Empa haeba re re: ‘O a filwe ke batho,’ batho kaofela ba tla re tlepetsa ka majwe hobane ba kgodisehile hore Johanne e ne e le moprofeta.”+ 7 Yaba ba re ha ba tsebe hore na o a fuwe ke mang. 8 Jesu a re ho bona: “Le nna nke ke ka le bolella hore na ke nka matla a ho etsa dintho tsena hokae.”

9 A etsetsa batho papiso ena: “Motho e mong o ile a lema tshimo ya morara,+ a e hirisetsa balemi yaba o etela hole ka nako e telele.+ 10 Ha nako ya ho kotula e fihla, a roma lekgoba la hae ho balemi e le hore ba ka le fa morara o mong. Empa balemi bao ba le kgakgatha yaba ba le kgutlisa le se na letho.+ 11 A roma lekgoba le leng hape. Le lona ba le kgakgatha, ba le rohaka* yaba ba le kgutlisa le se na letho. 12 A roma le leng hape. Le lona ba le otla ba le ntsha maqeba yaba ba a le leleka. 13 Yaba monga tshimo ya morara o re: ‘Ebe ke tla etsa jwang? Ke tla roma mora wa ka eo ke mo ratang.+ Mohlomong yena ba tla mo hlompha.’ 14 Ha balemi bao ba mo bona ba buisana ba re: ‘Enwa ke yena mojalefa. A re mo bolayeng ebe re nka lefa la hae.’ 15 Yaba ba mo lahlela ka ntle ho tshimo ya morara mme ba mo bolaya.+ Monga tshimo eo o tla ba etsang? 16 O tla ba bolaya ebe o hirisetsa balemi ba bang tshimo eo ya morara.”

Ha ba utlwa ditaba tsena ba re: “E se eka ntho e jwalo e ke ke ya etsahala.” 17 Empa a ba sheba a re: “Lengolo lee le bolelang: ‘Lejwe leo dihahi di le lahlileng le fetohile lejwe la sekgutlo* la sehlooho’?*+ 18 E mong le e mong ya welang hodima lejwe lena o tla hlaha kotsi e mpe.+ Eo le tla mo wela hodimo yena le tla mo silakanya.”

19 Ka ha bangodi le baprista ba baholo ba ile ba hlokomela hore o ne a bua ka bona ha a etsa papiso eo,+ ba ne ba batla ho mo tshwara ka yona nako eo empa ba tshaba batho. 20 Ba ne ba shebile monyetla o mong le o mong o ka hlahang wa ho tshwara Jesu. Ka hoo, ba hira banna ba bang hore ba ye ho Jesu ba etse eka ba lokile e le hore ba ka mo tshwara ka dipuo tsa hae,+ ba tle ba mo ise ho ba boholong mmusong le ho mmusisi. 21 Yaba ba a mo botsa ba re: “Mosuwe, re a tseba hore o bua nnete ha o ruta batho ebile ha o leeme* empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. 22 Na ka molao* re lokela ho patala lekgetho ho Sesare kapa tjhe?” 23 Empa ha Jesu a lemoha hore ba bolotsana, a re ho bona: 24 “Mpontsheng denari.* Setshwantsho le mongolo tse hlahang moo ho yona ke tsa mang?” Ba re: “Ke tsa Sesare.” 25 A re ho bona: “Jwale le fe Sesare dintho tsa hae+ le Modimo le mo fe tsa hae.”+ 26 Ha ba a ka ba kgona ho mo tshwara ka dipuo ka pela batho empa ba ile ba thola hobane ba makaditswe ke karabo ya hae.

27 Le ha ho le jwalo, ba bang ba Basaduse ba reng ha ho na tsoho ya bafu,+ ba tla ho yena ba re:+ 28 “Mosuwe, Moshe o ile a re ngolla molao o reng haeba motho a shwa a ena le mosadi empa a se na bana, ngwanabo o tla nyala mosadi wa hae e le hore a tle a mo etsetse bana.+ 29 Jwale ho ne ho ena le bana ba motho ba supileng. Yaba wa pele o a nyala empa a shwa a se na bana. 30 Wa bobedi 31 le wa boraro ba mo kenela ho fihlela ho wa bosupa empa kaofela ha bona ba shwa ba se na bana. 32 Qetellong mosadi eo le yena a shwa. 33 Ha ba se ba tsositswe, mosadi eo e tla ba wa mang ho bao ba supileng hobane kaofela ba ile ba mo nyala?”

34 Jesu a re ho bona: “Batho ba mehleng ena* ba a nyala, ba a nyalwa 35 empa batho ba tshwanelwang ke ho tsoha bafung le ho phela lefatsheng le tlang ha ba nyale ebile ha ba nyalwe.+ 36 Le ho shwa ha ba sa tla hlola ba shwa hobane ba tla tshwana le mangeloi mme ka ha ba tla tsoswa, e tla ba bana ba Modimo. 37 Empa taba ya hore bafu ba a tsoswa esita le Moshe o ile a bua ka yona ha a bua ka sehlahla se meutlwa. O ile a re Jehova* ke Modimo wa Abrahama, Isaka le Jakobo.+ 38 Yena ke Modimo wa ba phelang eseng wa bafu hobane ho yena ba a phela kaofela.”+ 39 Ba bang ba bangodi ba re: “Mosuwe, o buile hantle.” 40 Ka mora moo, ha ba a ka ba hlola ba eba le sebete sa ho mo botsa potso e nngwe hape.

41 Yaba o re ho bona: “Jwale ke hobaneng ha batho ba re Kreste ke mora wa Davida?+ 42 Bukeng ya Dipesaleme Davida o re: ‘Jehova* o itse ho Morenaka: “Dula ka letsohong la ka le letona 43 ho fihlela ke beha dira tsa hao tlasa maoto a hao.”’+ 44 Jwale haeba Davida a mo bitsa Morena, ke mora wa hae jwang?”

45 Ha batho kaofela ba ntse ba mametse, a re ho barutuwa ba hae: 46 “Le hlokomele bangodi, ba rata ho dumediswa dimmarakeng le ho tsamaya ba apere diaparo tse telele. Ba rata ho dula ditulong tse ka pele* ka matlung a thapelo* le ditulong tsa bahlomphehi meketeng.+ 47 Ba ikgapela matlo* a bahlolohadi hape ka boikaketsi ba etsa dithapelo tse telele. Ba tla fumana kahlolo e boima haholo.”

21 Jesu a bona barui ba ntse ba tshela dimpho ka mabokoseng* a tjhelete.+ 2 A boela a bona mohlolohadi e mong ya futsanehileng a tshela ditjheletana tse pedi tsa tshepe tsa boleng bo bonyenyane haholo.*+ 3 Yaba o re: “Ka nnete ke re ho lona, mohlolohadi enwa wa mofutsana o tshetse tjhelete e fetang ya bohle.+ 4 Etswe kaofela ba tshetse ho tswa tjheleteng ya bona e setseng empa yena le hoja e le mofutsana, o fane ka sohle seo a phelang ka sona.”+

5 Ha morao ha ba bang ba ntse ba bua ka tempele, ka moo e neng e kgabisitswe ka teng ka majwe a matle le ka dintho tseo batho ba faneng ka tsona e le dinyehelo ho Modimo+ 6 a re: “Ho na le nako eo dintho tsohle tseo le di bonang hona jwale di tla heletswa. Ha ho lejwe le tla sala hodima le leng.”+ 7 Ba mo botsa ba re: “Mosuwe, hantlentle dintho tsee di tla etsahala neng? Hona re tla bona kang ha dintho tsee di tlo etsahala?”+ 8 Jesu a re ho bona: “Itlhokomeleng hore le se ke la kgeloswa.+ Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka ba re: ‘Ke nna Kreste’ hape ba re: ‘Nako e behilweng e atametse.’ Le se ke la ba sala morao.+ 9 Ho feta moo, ha le utlwela ka dintwa le merusu,* le se ke la tshoha. Dintho tsena di tla etsahala pele empa bofelo bo ke ke ba fihla hanghang.”+

10 Yaba o re ho bona: “Ditjhaba di tla lwantshana+ le mebuso e hlaselane.+ 11 Ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe hape ho tla ba le tlala le mafu a sewa+ sebakeng se seng ka mora se seng. Batho ba tla bona dintho tse tshosang le matshwao a maholo a tswang lehodimong.

12 Empa pele dintho tsena tsohle di etsahala, batho ba tla le tshwara ba le hlorise,+ ba le ise matlong a thapelo* le diteronkong. Le tla iswa ka pela marena le babusisi ka lebaka la lebitso la ka.+ 13 E tla ba monyetla wa hore le ba bolelle ka tumelo ya lona. 14 Ka hona, ha ho hlokahale hore le rere esale pele hore na le tla reng ha le itshireletsa+ 15 ka ha ke tla le fa mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa kapa ho bo lwantsha.+ 16 Hape esita le batswadi, bana ba bo lona, beng ka lona le metswalle ba tla fana ka lona hore le iswe makgotleng* mme ba bang ba lona le tla bolawa.+ 17 Batho bohle ba tla le hloya ka lebaka la lebitso la ka.+ 18 Le ha ho le jwalo, ho hang ha ho qoba le ha e le nngwe ya moriri wa lona e tla hlothwa.+ 19 Ha le ka mamella le tla pholoha.+

20 Empa ha le bona Jerusalema e potapotilwe ke masole,+ le tsebe hore e haufi le ho timetswa.+ 21 Ba leng Judea ba balehele dithabeng,+ ba ka hara motse wa Jerusalema ba tswe mme ba dibakeng tse mahaeng ba se ke ba ya Jerusalema 22 hobane ana ke matsatsi a phetetso e le hore dintho tsohle tse ngotsweng Mangolong di phethahale. 23 Matsatsing ao, baimana le batswetse ba tla ba madimabe+ ka ha ho tla ba le tlokotsi e kgolo naheng eo mme Modimo o tla halefela baahi ba yona. 24 Ba tla bolawa ka sabole, ba iswe botlamuweng ditjhabeng tsohle.+ Jerusalema e tla hatakelwa ke ditjhaba* ho fihlela dinako tse behilweng tsa ditjhaba* di fela.+

25 Hape ho tla ba le dipontsho letsatsing, kgweding le dinaleding.+ Lefatsheng ditjhaba di tla utlwa bohloko haholo, di tsielehe ka lebaka la modumo wa maqhubu a lewatle a lwebehlanang. 26 Batho ba tla akgeha ke letswalo le hobane ba lebeletse dintho tse tla etsahala lefatsheng hobane dintho tse mahodimong di tla sisinyeha. 27 Jwale batho ba tla bona Mora motho+ a tla ka leru, matla le kganya e kgolo.+ 28 Empa ha dintho tsena di qala ho etsahala, le eme tswee! le phahamise dihlooho hobane le haufi le ho lopollwa.”

29 Yaba o ba etsetsa papiso o re: “Le shebe sefate sa feie* le difate tse ding kaofela.+ 30 Ha le bona di se di fupile,* le a tseba hore jwale lehlabula le haufi. 31 Ka tsela e tshwanang, le lona ha le bona dintho tsena di etsahala, le tsebe hore Mmuso wa Modimo o haufi. 32 Ka nnete ke a le bolella hore dintho tsena tsohle di tla etsahala pele moloko ona o fela.+ 33 Lehodimo le lefatshe di tla nyamela empa mantswe a ka ona a tla ba teng ho ya ho ile.+

34 Empa le itlhokomele hore le ka mohla le se ke la imelwa ke ho ja ho tlola, ho nwa haholo+ le mathata a bophelo+ yaba letsatsi leo le le fihlela hanghang le sa lebella 35 jwalo ka ha eka ke leraba.+ Etswe le tla fihlela bohle ba teng lefatsheng. 36 Jwale le dule le fadimehile,+ le rapele ka dinako tsohle+ e le hore le ka atleha ho phonyoha dintho tsena tsohle tse tlo etsahala le ho ema ka pela Mora motho.”+

37 Motshehare Jesu o ne a tlwaetse ho ruta ka tempeleng ebe bosiu o ya Thabeng ya Mehlwaare o dula teng. 38 Batho bohle ba ne ba tla ho yena hoseng ka tempeleng ho tla mo mamela.

22 Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso oo ho thweng ke Paseka,+ o ne o atamela.+ 2 Ka ha baprista ba baholo le bangodi ba ne ba tshaba batho,+ ba ne ba ntse ba batla ditsela tsa ho bolaya Jesu.+ 3 E mong wa baapostola ba 12 ya bitswang Judase Iskariota a kenwa ke Satane.+ 4 Yaba o ya ho baprista ba baholo le batsamaisi ba tempele o bua le bona ka hore na a ka ba thusa jwang ho tshwara Jesu.+ 5 Ba thaba haholo ha ba utlwa ditaba tsena yaba ba mo tshepisa tjhelete ya silevera.+ 6 A dumela yaba o batla monyetla o motle wa ho ba fa yena* e le hore ba mo tshware. Empa o ne a sa batle ho etsa jwalo batho ba le teng.

7 Letsatsi la Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso la fihla. Letsatsing leo, ho ne ho hlajwa phoofolo e etsang sehlabelo sa Paseka.+ 8 Jesu a roma Petrose le Johanne a re: “Tsamayang le yo lokisetsa hore re je Paseka.”+ 9 Ba re ho yena: “O batla re lokisetse ho e jella hokae?” 10 A re ho bona: “Ha le kena motseng, le tla kopana le monna ya jereng nkgo ya letsopa ya metsi, le mo sale morao ho ya ntlong eo a yang ho yona.+ 11 Le tle le re ho monga ntlo eo, ‘Mosuwe o re: “Kamore ya baeti eo nka jellang Paseka ho yona le barutuwa ba ka ke efe?”’ 12 Monna eo o tla le bontsha kamore e kgolo e mokatong o ka hodimo, e nang le dintho tse hlokahalang. Le re lokisetse moo.” 13 Ba tsamaya, ba fumana ho le feela jwalo ka ha a ne a ba boleletse yaba ba lokisetsa Paseka.

14 Ha nako e fihla, a dula tafoleng le baapostola ba hae.+ 15 Yaba o re ho bona: “Esale ke emetse hore letsatsi lena le fihle e le hore ke je Paseka le lona pele ke hlokofatswa 16 hobane ke a le bolella hore nke ke ka hlola ke ja dijo tsena hape ho fihlela dintho tsohle di phethahala Mmusong wa Modimo.” 17 Ba mo fa senwelo se tshetseng veine yaba o leboha Modimo, o ba fa sona o re: “Nkang le nwe, kaofela ha lona 18 hobane ke a le bolella, ho tloha hona jwale ho fihlela Mmuso wa Modimo o fihla, nke ke ka nwa veine ena hape.”

19 Hape a nka bohobe,+ a leboha, a bo qhetsola yaba o ba fa bona o re: “Bohobe bona bo emela mmele wa ka+ o tla fanwa molemong wa lona.+ Le nne le etse tjena ho nkgopola.”+ 20 Ka mora hore ba je dijo tsa shwalane, a nka senwelo sa veine yaba o etsa ntho e tshwanang o re: “Veine ena e emela selekane se setjha+ se tla tiiswa ka madi a ka+ a tla tshollwa molemong wa lona.+

21 Empa motho ya tlo nthekisa* o dutse le nna tafoleng mona.+ 22 Ke nnete Mora motho o tla shwa feela jwalo ka ha ho profetilwe+ empa ho madimabe motho ya mo rekisang.”+ 23 Ba qala ho botsana hore na ke mang ho bona ya neng a tla etsa jwalo.+

24 Ka mora moo, ba pheha kgang ka hore na ke mang hara bona e moholo.+ 25 Jesu a re ho bona: “Babusi ba ditjhaba ba di tshwara ka thata le batho ba di laolang ba fuwa mabitso a hlomphehang.*+ 26 Empa lona ha le a lokela ho ba jwalo.+ E moholo hara lona o lokela ho tshwana le e monyenyane,+ ya etellang pele a tshwane le ya sebeletsang. 27 Ha e le ya dutseng tafoleng, e le ya tlisang dijo,* ke ofe e moholo? Na ha se ya dutseng tafoleng? Empa nna ke tshwana le motho ya le sebeletsang.+

28 Haesale le ena le nna+ mathateng a ka.+ 29 Ka hoo, ke etsa selekane sa mmuso le lona feela jwalo ka ha Ntate a entse selekane le nna+ 30 e le hore le ka dula tafoleng ya ka la ja, la nwa Mmusong wa ka+ le be le dule diteroneng+ ho ahlola meloko e 12 ya Iseraele.+

31 Simone, Simone, bona, Satane o le batla kaofela e le hore a le olose jwalo ka koro.+ 32 Empa ke o rapeletse e le hore tumelo ya hao e se ke ya fela+ mme hang feela ha o bakile, o matlafatse bana beno.”+ 33 Petrose a re ho yena: “Morena, ke ikemiseditse ho ya le wena teronkong le ho shwa le wena.”+ 34 Empa Jesu a re: “Ke a o bolella Petrose, pele mokoko o lla kajeno, o tla be o ntatotse hararo.”+

35 A boela a re ho bona: “Ha ke ne ke le roma le sa nka dipatjhe, mekotla ya dijo le dieta,*+ na ho na le ntho eo le ileng la e hloka?” Yaba ba re: “Tjhe.” 36 Jwale a re ho bona: “Lekgetlong lena, ya nang le sepatjhe a se nke le ya nang le mokotla wa dijo a o nke. Ya se nang sabole a rekise seaparo sa hae a e reke. 37 Ke a le bolella hore lengolo le reng: ‘O ile a balellwa hara ba tlolang molao,’+ le tla phethahala ho nna. Ka nnete dintho tsohle tse lokelang ho nketsahalla di a phethahala.”+ 38 Jwale ba re: “Morena, bona, disabole tse pedi ke tsena.” A re ho bona: “Di lekane.”

39 Ha a tloha a ya Thabeng ya Mehlwaare jwalo ka ha a ne a tlwaetse yaba barutuwa ba mo sala morao.+ 40 Ha a fihla moo, a re ho bona: “Dulang le rapela e le hore le se ke la wela molekong.”+ 41 A ya pejana yaba o a kgumama o a rapela o re: 42 “Ntate, haeba o batla, ke kopa o tlose senwelo sena ho nna. Empa ho ke ho etsahale thato ya hao eseng ya ka.”+ 43 Lengeloi la hlaha ho yena le tswa lehodimong mme la mo matlafatsa.+ 44 Empa a sarelwa ha bohloko yaba o tswela pele ho rapela ka matla le ho feta.+ Mofufutso wa hae wa rotha jwalo ka ha madi a rothela fatshe. 45 Ha a qeta ho rapela a ema a ya ho barutuwa ba hae, a fumana ba robetse hobane ba saretswe.+ 46 Yaba o re ho bona: “Ke hobaneng ha le robetse? Tsohang le nne le rapele e le hore le se ke la wela molekong.”+

47 Ha a sa ntse a bua, ha hlaha letshwele la batho ba eteletsweng pele ke Judase, e mong wa baapostola ba 12. A atamela Jesu yaba o a mo suna.+ 48 Empa Jesu a re ho yena: “Judase, o rekisa* Mora motho ka ho mo suna?” 49 Ha ba mo potolohileng ba bona hore na ho tla etsahalang ba re: “Morena, re ba hlathe ka sabole?” 50 Yaba e mong wa bona o se a bile a hlatha lekgoba la moprista ya phahameng ka sabole, a le kgaola tsebe e tona.+ 51 Empa Jesu a re: “Se ke wa etsa jwalo.” Yaba o tshwara tsebe ya lekgoba leo o a e fodisa. 52 Jesu a re ho baprista ba baholo, batsamaisi ba tempele le baholo ba neng ba tlo mo tshwara: “Na ke leshodu ha e le moo le tla le nkile disabole le melangwana?+ 53 Ha ke ne ke ena le lona ka tempeleng letsatsi le letsatsi+ ha le a ka la ntshwara.+ Empa ena ke nako ya lona le ya hore ba lefifing ba buse.”+

54 Yaba ba a mo tshwara+ ba mo isa ka tlung ya moprista ya phahameng empa Petrose a mo sala morao a le sebakana.+ 55 Ba ile ba besa mollo bohareng ba lebala, ba dula fatshe yaba Petrose le yena o dula le bona.+ 56 Empa ha ngwanana* e mong a mo bona a dutse mollong, a mo shebisisa yaba o re: “Le enwa o ne a ena le yena.” 57 Empa a hana a re: “Mosadi, monna eo ha ke mo tsebe.” 58 Ka mora nakwana motho e mong a mo bona yaba o re: “Le wena o e mong wa bona.” Empa Petrose a re: “Monna heso, ha ho jwalo.”+ 59 Ka mora nako e ka etsang hora monna e mong a tiisa a re: “Ka nnete monna enwa le yena o ne a ena le yena hobane hantlentle ke Mogalilea.” 60 Empa Petrose a re: “Monna heso, ha ke tsebe hore na o bua kang.” Yare ha a sa ntse a bua, mokoko wa lla. 61 Yaba Morena o a hetla o sheba Petrose mme Petrose a hopola hore Morena o ile a re ho yena: “Pele mokoko o lla kajeno, o tla be o ntatotse hararo.”+ 62 Yaba o tswela ka ntle o lla ha bohloko.

63 Banna ba neng ba katile Jesu ba mo soma,+ ba mo otla,+ 64 ba mo kwahela sefahleho yaba ba re ho yena: “Profeta hore na ke mang ya o otlileng.” 65 Ba nna ba mo rohaka.

66 Motshehare sehlopha sa baholo ba setjhaba, baprista ba baholo le bangodi sa bokana+ mme sa mo hulanyetsa ka holong ya bona ya Lekgotla le Phahameng la Bajuda* sa re: 67 “Haeba o Kreste, o re bolelle.”+ Empa a re ho bona: “Le ha ke ne nka le bolella, le ne le ke ke la dumela ho hang. 68 Hape haeba ke ne nka le botsa, le ne le ke ke la araba ho hang. 69 Empa ho tloha hona jwale Mora motho+ o tla dula ka letsohong le letona la Modimo ya matla.”+ 70 Yaba kaofela ba re: “Na o Mora wa Modimo?” A re ho bona: “E, ke yena.”* 71 Ba re: “Re sa hlokelang dipaki tse ding ha e le moo re ikutlwetse molomong wa hae?”+

23 Batho bao kaofela ba mo kganna ba mo isa ho Pilato.+ 2 Jwale ba mo qosa+ ba re: “Re fumane monna enwa a ntse a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela batho ho patala lekgetho la Sesare+ a bile a re ke yena Kreste morena.”+ 3 Pilato a re ho yena: “Na o Morena wa Bajuda?” Jesu a re: “E, ke yena.”*+ 4 Pilato a re ho baprista ba baholo le ho letshwele: “Ha ke fumane molato ho monna enwa.”+ 5 Empa ba emella Pilato ba re: “O ferekanya batho ka ho ruta Judea ena kaofela ho tloha Galilea ho tla fihla mona.” 6 Ha Pilato a utlwa ditaba tseo, a botsa hore na monna eo ke Mogalilea. 7 Ka mora hore a etse bonnete ba hore Jesu o tswa sebakeng se buswang ke Heroda,+ a mo romela ho yena. Ka nako eo, Heroda le yena o ne a le Jerusalema.

8 Heroda a thaba haholo ha a bona Jesu hobane esale a utlwela ka yena+ empa a eso mo bone. O ne a lebelletse hore Jesu a etse mohlolo. 9 Ka hoo, a mo botsa dipotso tse ngata empa Jesu ha a ka a mo araba.+ 10 Le ha ho le jwalo, baprista ba baholo le bangodi ba ne ba eme mme ba mo qosa ba halefile. 11 Heroda le masole a hae ba mo rohaka,+ ba mo soma,+ ba mo apesa seaparo se setle yaba o mo kgutlisetsa ho Pilato. 12 Heroda le Pilato e ne e ntse e le dira empa letsatsing leo ya eba metswalle.

13 Pilato a bitsa baprista ba baholo, babusi ha mmoho le setjhaba 14 yaba o re ho bona: “Le tlisitse monna enwa ho nna le re o hlohlelletsa batho ho fetohela mmuso. Ke mo hlahlobile ka pela lona empa ha ke a fumana a le molato wa dintho tsena tseo le mo qosang ka tsona.+ 15 Heroda le yena ha a ka a mo fumana a le molato. Ke ka hoo a mo kgutliseditseng ho rona. Ha a etsa letho le lebe hoo a ka bang a bolawa. 16 Ka hona, ke tla mo shapa+ ebe ke a mo lokolla.” 17 *—— 18 Empa batho kaofela ba hweletsa ba re: “Bolaya monna enwa o re lokollele Barabase!”+ 19 (Barabase eo ke monna ya neng a kentswe teronkong hobane a thusitse batho ho fetohela mmuso le ka lebaka la polao.) 20 Pilato a bua le bona hape hobane o ne a batla ho lokolla Jesu.+ 21 Empa ba hweletsa ba re: “Ha a kgokgothelwe palong! Ha a kgokgothelwe palong!”*+ 22 A re ho bona ka lekgetlo la boraro: “Hobaneng? O entseng e mpe? Ha ke a fumana a entse letho le lebe hoo a ka bang a bolawa. Ka hona, ke tla mo shapa ebe ke a mo lokolla.” 23 Empa ba hweletsa ba batla hore a kgokgothelwe palong.* Ba ile ba hweletsa haholo hoo Pilato a ileng a ba a inehela.+ 24 Ka hoo, Pilato a etsa qeto ya ho ba kgotsofatsa. 25 A lokolla monna eo ba neng ba mo batla, ya neng a kentswe teronkong hobane a bolaile a bile a fetohetse mmuso empa a fana ka Jesu ho bona hore ba etse ntho eo ba e batlang ka yena.

26 Ha ba ntse ba tsamaisa Jesu, ba emisa monna e mong wa Saerene ya bitswang Simone ya tswang mahaeng yaba ba mo jarisa palo eo Jesu a neng a tlo kgokgothelwa ho yona* hore a sale Jesu morao a e jere.+ 27 Jesu o ne a setswe morao ke letshwele le leholo, hara letshwele leo ho ena le basadi ba ntseng ba mo llela ba bile ba ikotla hobane ba utlwile bohloko. 28 Jesu a hetla yaba o re ho basadi bao: “Baradi ba Jerusalema, kgaotsang ho ntelela. Le llele lona le bana ba lona+ 29 hobane ho na le nako eo ka yona batho ba tla re: ‘Ho lehlohonolo basadi ba se nang bana, ba sa kang ba eba le bana kapa ba nyantsha.’+ 30 Ba tla re ho dithaba: ‘Re weleng hodimo!’ le ho maralla: ‘Re pateng!’+ 31 Haeba ba etsa dintho tsee ha sefate se le mongobo, ho tla etsahalang ha se omeletse?”

32 Banna ba babedi ba ditlokotsebe le bona ba ne ba ntse ba kgannwa hore ba yo bolawa mmoho le yena.+ 33 Ha ba fihla sebakeng se bitswang Lehata,+ ba mo kgokgothela palong dipakeng tsa ditlokotsebe tseo, se seng se le ka ho le letona, se seng ka ho le letshehadi.+ 34 Empa Jesu a re: “Ntate, o ba tshwarele hobane ha ba tsebe hore na ba etsang.” Yaba masole ao a lahla lotho e le hore a arolelane diaparo tsa hae.+ 35 Batho ba ne ba eme ba shebeletse empa babusi bona ba mo tsheha ba re: “O pholositse ba bang. Haeba ke yena Kreste ya kgethilweng ke Modimo, ha a ipholose.”+ 36 Masole le ona a mo soma yaba a mo tlisetsa veine e bodila a re:+ 37 “Haeba o Morena wa Bajuda, ipholose.” 38 Hape ka hodima hlooho ya hae ho ne ho ena le boto e ngotsweng: “Enwa ke Morena wa Bajuda.”+

39 Empa e mong wa ditlokotsebe tse neng di kgokgothetswe a mo nyefola+ a re: “Akere o Kreste? Ipholose le rona o re pholose.” 40 Empa setlokotsebe se seng sa mo kgalemela sa re: “E le hore ha o tshabe Modimo le ha e le moo o fumane kotlo e tshwanang le ya monna eo? 41 Rona re ahlotswe ka nepo hobane re fumana ditholwana tsa mesebetsi ya rona empa monna enwa yena ha a etsa letho le lebe.” 42 A boela a re: “Jesu, o nkgopole ha o kena Mmusong wa hao.”+ 43 Yaba Jesu o re ho yena: “Ka nnete ke a o jwetsa letsatsing lena, o tla ba le nna Paradeiseng.”+

44 Ka nako eo e ne e ka ba 12 motshehare* empa lefifi le ile la aparela naha yohle ka dihora tse tharo*+ 45 hobane kganya ya letsatsi e ile ya fela yaba kgaretene ya sehalalelo+ e taboha ka lehare.+ 46 Yaba Jesu o a hweletsa o re: “Ntate, ke beha bophelo* ba ka matsohong a hao.”+ Ha a qeta ho tjho jwalo a shwa.+ 47 Ka ha molaodi wa sesole o ile a bona hore na ho etsahetseng, a rorisa Modimo a re: “Ka nnete monna enwa o ne a lokile.”+ 48 Ha batho bohle ba neng ba bokane moo ba shebeletse ba bona dintho tse ileng tsa etsahala, ba kgutlela hae ba ntse ba ikotla difubeng ka lebaka la ho utlwa bohloko. 49 Bohle ba neng ba tlwaelane le yena ha mmoho le basadi ba neng ba mo feleheditse ho tloha Galilea, ba ne ba eme hojana ba shebile dintho tsena.+

50 Ho ne ho ena le monna e mong ya bitswang Josefa eo e neng e le setho sa Lekgotla, e ne e le monna ya lokileng.+ 51 Monna enwa ha a ka a tshehetsa morero wa bona o mobe ka Jesu. O ne a tswa Arimathea e leng motse wa Bajudea hape a lebelletse Mmuso wa Modimo. 52 O ile a ya ho Pilato a kopa setopo sa Jesu. 53 A se theola+ yaba o se phuthela ka line ya boleng bo botle, a se beha ka lebitleng le tjhekilweng lefikeng+ leo ho seng motho ya kileng a patelwa ka ho lona. 54 E ne e le letsatsi la ho itokisetsa+ Sabatha+ ka ha e ne e le haufi. 55 Basadi ba neng ba tlile le Jesu ba tswa Galilea le bona ba tsamaya mme ba sheba lebitla le hore na setopo sa Jesu se ne se behilwe jwang.+ 56 Yaba ba a kgutla ho ya lokisa dinoko le dioli tse nkgang ha monate. Empa ka Sabatha ba phomola+ hobane e ne e le molao.

24 Ka letsatsi la pele la beke ba ya lebitleng hoseng haholo ba nkile dintho tse nkgang ha monate tseo ba neng ba di lokisitse.+ 2 Empa ba fumana lejwe le suthiseditswe ka thoko ho lebitla.+ 3 Ha ba kena ba fumana setopo sa Morena Jesu se le siyo.+ 4 Ha ba sa ntse ba maketse jwalo, ba bona banna ba babedi ba apereng diaparo tse bosweu bo benyang ba ema pela bona. 5 Basadi bao ba ne ba tshohile yaba ba a inama. Banna bao ba re ho bona: “Ke hobaneng ha le tla mabitleng ho tla batlana le motho ya phelang?+ 6 Ha a yo mona, o tsositswe. Hopolang hore na o ile a reng ho lona ha a ntse a le Galilea. 7 O ile a re ho tla fanwa ka Mora motho ho baetsadibe, a kgokgothelwe palong ebe o tsoswa ka letsatsi la boraro.”+ 8 Basadi bao ba hopola mantswe a hae.+ 9 Yaba ba tloha lebitleng moo ba yo bolella baapostola ba 11 le batho ba bang kaofela dintho tsena tsohle.+ 10 Basadi bao e ne e le Maria Magdalena, Joanna le Maria mme wa Jakobo. Basadi ba bang kaofela ba neng ba le teng, le bona ba ile ba bolella baapostola dintho tsena. 11 Empa ba ne ba sa kgolwe basadi bao hobane ba utlwa ba bua dintho tse se nang kelello.

12 Empa Petrose a ema a mathela lebitleng. Eitse ha a nyarela a fumana masela feela. Ka hoo, a tloha a ntse a ipotsa hore na ho etsahetseng.

13 Letsatsing lona leo barutuwa ba babedi ba ne ba ya Emmause, e ka bang bohole ba dikhilomithara tse 11* ho tloha Jerusalema. 14 Ba ne ba ntse ba buisana ka dintho tsena tsohle tse etsahetseng.

15 Ha ba ntse ba buisana jwalo, Jesu a tla yaba o tsamaya le bona 16 empa ba ne ba sa hlokomele hore ke yena.+ 17 A re ho bona: “Le phehile kgang kang?” Yaba ba ema moo ba utlwile bohloko. 18 E mong wa bona ya bitswang Cleopase a re ho yena: “Ho tla jwang hore ebe ha o tsebe* dintho tse sa tswa etsahala Jerusalema? Kapa ha o dule teng?” 19 Yaba o re ho bona: “Dintho dife?” Ba re ho yena: “Ditaba tsa Jesu wa Monazaretha.+ O ne a tsebahala ho Modimo le batho e le moprofeta ya buang mantswe a matla le ya etsang mehlolo.+ 20 Baprista ba baholo le babusi ba rona ba ile ba fana ka yena hore a ahlolelwe lefu+ yaba ba mo kgokgothela palong. 21 Re ne re tshepile hore monna enwa ke yena ya tla lopolla Iseraele.+ E se e le letsatsi la boraro dintho tsena di etsahetse. 22 Hape basadi ba bang bao e leng barutuwa le bona ba ile ba re bolella ditaba tse makatsang. Ba ne ba tsohelletse lebitleng+ 23 yaba ba fumana setopo sa hae se le siyo. Ba kgutla ba re bolella hore ba bone mangeloi a itseng Jesu o a phela. 24 Ebile ba bang ho rona mona ba ile ba ya lebitleng+ mme ba fumana le se na letho feela jwalo ka ha basadi bao ba ne ba tjhulo, le yena Jesu ha ba a ka ba mo bona.”

25 Ka hoo, a re ho bona: “Lona ba se nang kutlwisiso le ba diehang ho dumela dintho tsohle tseo baprofeta ba ileng ba di bua, 26 ho ne ho hlokahala hore Kreste a utlwiswe bohloko ka tsela ena+ le hore a tlotliswe.”+ 27 Yaba o qala ho ba hlalosetsa dintho tsohle tse hlahang ka Mangolong tse amanang le yena, a qala ka Mangolo a ngotsweng ke Moshe le a Baprofeta kaofela.+

28 Ha ba le haufi le motse oo ba neng ba ya ho wona, yena a etsa eka o fetela pejana. 29 Empa ba mo phehella hore a se ke a tsamaya ba re: “Dula le rona hobane e se e ntse e le mantsiboya.” Yaba o dula le bona. 30 Ha a dutse le bona* tafoleng ba ntse ba ja, a nka bohobe, a rapela, a bo qhetsola yaba o ba fa bona.+ 31 Ka hoo, ba hlokomela hore na ke mang yaba o a ba nyamella.+ 32 Ba buisana ba re: “Ha se feela re neng re thabile* ha a ntse a bua le rona tseleng, ha a ntse a re hlalosetsa* Mangolo ka tsela e hlakileng.” 33 Yaba hanghang ba kgutlela Jerusalema, ba fumana baapostola ba 11 ba ena le barutuwa ba bang 34 ba ntse ba re: “Ka nnete Morena o tsositswe, o ile a ba a ya ho Simone.”+ 35 Barutuwa bao ba babedi ba ba phetela hore na ho etsahetseng ha ba le tseleng le hore ba ile ba hlokomela hore ke yena ha ba mo bona a qhetsola bohobe.+

36 Ha ba ntse ba bua ka dintho tsena, Jesu a hlaha hara bona yaba o re: “Kgotso e be le lona.”+ 37 Empa ka ha ba ne ba tshohile, ba ne ba nahana hore ba bona lengeloi.* 38 Ka hoo, a re ho bona: “Ke hobaneng ha le tshwenyehile, ke hobaneng ha le ena le dipelaelo? 39 Shebang matsoho le maoto a ka hore le tle le bone hore ke nna. Ntshwareng le bone hobane mangeloi ha a na nama le masapo empa le a bona hore nna ke na le tsona.” 40 Ha a tjho jwalo a ba bontsha maoto le matsoho a hae. 41 Empa ba ne ba ntse ba sa kgolwe hobane ba thabile haholo ba bile ba maketse yaba o re ho bona: “Ha le na dijo moo?” 42 Ba mo fa tlhapi e besitsweng 43 yaba o a e nka o e ja ba ntse ba mo shebile.

44 Jwale a re ho bona: “Ha ke ne ke ena le lona, ke ile ka le bolella+ hore dintho tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, Dipesalemeng le tseo Baprofeta ba di ngotseng ka nna di tla phethahala.”+ 45 A ba thusa ho utlwisisa Mangolo hantle+ 46 yaba o re ho bona: “Mangolo a re Kreste o ne a tla hlokofatswa ebe o tsoswa bafung ka letsatsi la boraro+ 47 mme molaetsa wa hore batho ba bake e le hore ba tshwarelwe dibe+ o ne o tla phatlalatswa ditjhabeng tsohle+ ho qala Jerusalema, o phatlalatswa ka lebitso la hae.+ 48 Le tla ba dipaki tsa ditaba tsena.+ 49 Hape ke tla le fa ntho eo Ntate a tshepisitseng ho e tlisa. Empa le dule motseng ona ho fihlela le fumana matla a tswang lehodimong.”+

50 A tsamaya le bona ho ya fihla Bethani yaba o phahamisa matsoho o a ba hlohonolofatsa. 51 Ka mora hore a ba hlohonolofatse, a arohana le bona mme a nyolohela lehodimong.+ 52 Ba mo kgumamela* mme ba kgutlela Jerusalema ba thabile haholo.+ 53 Ba ne ba ya tempeleng letsatsi le leng le le leng ba rorisa Modimo.+

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ya A5.

Kapa: “moetlo.”

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Kapa: “ha a qeta ho hlaha.”

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Kapa: “tshebeletso ya setjhaba.”

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “peo.”

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “letsoho la Jehova le ne le ena le yena.”

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “lenaka la poloko.” Sheba Tlhaloso ya Lenaka.

Sheba Ntlha ya A5.

Kapa: “ba lefatshe lohle.”

Ke ka moo diphoofolo di jellang ka teng.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “ya bulang popelo.”

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

E leng Heroda Antipase. Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “hlahise ditholwana tse bontshang.”

Kapa: “seaparo sa bobedi.”

Ka Segerike: “meqathatso.”

Leetsi le sebedisitsweng mona, ka Segerike le bontsha hore Diabolose o ne a batla ketso e le nngwe feela ya borapedi.

Sheba Ntlha ya A5.

Kapa: “lehora; qhoweng.”

Sheba Ntlha ya A5.

Kapa: “disinagogeng tsa bona.”

Ka Segerike: “sinagogeng.”

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “ntlotseditse.”

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “sinagoge.”

E leng mme wa mosadi wa Simone.

E leng Lewatle la Galilea.

Sheba Ntlha ya A5.

Mekotla ya letlalo e tshelang metsi.

Ka Segerike: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bohobe ba nyehelo.”

Ka Segerike: “sinagogeng.”

Kapa: “shweleng.”

Kapa: “shweleng.”

Kapa: “eka.”

E leng ho adima o sa batle tswala.

Kapa: “lokolle.”

Kapa: “lokollwe.”

Kapa: “lekanyetsa ka tsela eo le ba lekanyetsang ka yona.”

Kapa: “leballo.”

Kapa: “difeiga.”

Kapa: “O tshwanela ho mo thusa.”

Ka Segerike: “sinagoge.”

Ka Segerike: “ya sa fumaneng sesosa sa ho kgoptjwa ho nna.”

Ka Segerike: “ka pela sefahleho sa hao.”

Kapa: “tataiso.”

Enwa ke Mofarisi ya memetseng Jesu dijong.

Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “tse kgolo.”

Kapa mohlomong: “Ba ne ba mo hlasela ka nako e telele.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “sinagoge.”

Ka Segerike: “Moradi.”

Ka Segerike: “sinagoge.”

Ka Segerike: “o tla pholoswa.”

Kapa: “Moya wa hae wa kgutlela ho yena.”

Ka Segerike: “silevera.”

Kapa: “seaparo sa bobedi.”

Ka Segerike: “e be bopaki ho bona.”

E leng Heroda Antipase. Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “a nke palo ya hae ya tlhokofatso.” Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “shebe.”

Kapa: “ekwa.”

Kapa: “di na le dilao.”

Ka Segerike: “ha ho na moo a ka patang hlooho ya hae teng.”

Ka Segerike: “meqathatso.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Hadese.” Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “ya tsebang Mora.”

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya B14.

Ka Segerike: “o se ke wa re kenya molekong.”

Ka Segerike: “o nkadime.”

Lebitso le leng leo Satane a bitswang ke lona.

Ka Segerike: “ntlo.”

Ka Segerike: “monwana.”

Ka Segerike: “le le kgopo.”

Bafarisi le Bajuda ba bang ba ne ba tlwaetse ho hlapa matsoho ho ya ka moetlo wa Sejuda.

Sheba Tlhaloso ya Dimpho tsa mohau.

Ke semela se sebediswang e le moriana kapa ho natefisa dijo.

Kapa: “tse hlomphehang.”

Ka Segerike: “disinagogeng.”

Kapa: “a sa tshwauwang.”

Kapa: “tempele.”

Ka Segerike: “le tlositse senotlolo sa tsebo.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “diasarione tse pedi; ditjhelete tse pedi tsa tshepe tsa boleng bo bonyenyane.” Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “a sa se tsotelleng.”

Kapa mohlomong: “disinagoge.”

Kapa: “matlo a ka a polokelo.”

Ka Segerike: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ka setswe se le seng?” Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “dikgahla.”

Kapa: “Le nne le batle Mmuso wa Modimo pele.”

Ka Segerike: “dimpho tsa mohau.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “mmoto.”

Ka Segerike: “Itlameng matheka.”

Ka Segerike: “itlama letheka.”

Ka Segerike: “tebelong ya bobedi.” Mehleng ya Jesu nako ena e ne e qala hoo e ka bang ka hora ya borobong bosiu e fela hara mpa ya bosiu.

Ka Segerike: “tebelong ya boraro.” Mehleng ya Jesu nako ena e ne e qala hara mpa ya bosiu e fela ka hora ya boraro hoseng.

Kapa: “mookamedi wa ntlo.”

Ka Segerike: “leptone ya ho qetela.” Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “feiga.”

Ka Segerike: “sinagogeng.”

Ka Segerike: “Mosadi.”

Ka Segerike: “sinagoge.”

E leng dilithara tse ka bang 20 tsa phofo. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “moqotetsane.”

Kapa mohlomong: “a le siye le yona e le dithako.”

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “ya jang bohobe.”

Ka Segerike: “dipane tse hlano tsa dikgomo.”

Kapa: “ya sa amoheleng palo ya hae ya tlhokofatso.” Sheba Tlhaloso ya Palo.

Ka Segerike: “didrakema.” Sheba Ntlha ya B14.

Ka Segerike: “drakema.” Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “makgapetla a karoba.”

Ka Segerike: “meqathatso.”

Kapa: “a bolokehile.”

Bate e lekana le dilithara tse 22. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “dikore tse 100 tsa koro.” Kore e lekana le dilithara tse 220. Sheba Ntlha ya B14.

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “bara ba leseli.”

Ka Segerike: “maruo a sa lokang.”

Ka Segerike: “ha ho tlhaku le e nngwe e nyenyane ka ho fetisisa kapa letshwao le le leng le ke keng la phethahala.”

Ka Segerike: “a mo nkela sefubeng sa Abrahama.”

Kapa: “Hadese.” Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “sefubeng sa Abrahama.”

Kapa: “ke utlwa bohloko bo boholo.”

Sheba Ntlha ya A3.

Kapa: “ho nngamola hlooho.”

Kapa: “tumelo ya mofuta oo.”

Ka Segerike: “a nna a ikotla sefuba.”

Ka Segerike: “behe matsoho.” Sheba Tlhaloso ya Ho beha matsoho.

Kapa: “mehleng e tlang.” Sheba Tlhaloso.

E ne e le sefate sa sikamore.

Mangolong a Segerike, mina e lekana le dikramo tse 340 hape e ne e nkwa e lekana le didrakema tse 100. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Segerike: “silevera.”

Ka Segerike: “silevera.”

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “hlahlojwe.”

Ka Segerike: “lehodimong.”

Ka Segerike: “lehodimo.”

Kapa: “tlotlolla.”

Kapa: “la bohlokwa.”

Ka Segerike: “hlooho ya sekgutlo.”

Kapa: “kgetholle.”

Kapa: “nepo.”

Sheba Ntlha ya B14.

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Kapa: “tse hlomphehang.”

Ka Segerike: “disinagogeng.”

Kapa: “thepa.”

Kapa: “matloleng a polokelo.”

Ka Segerike: “dileptone tse pedi.” Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “meferefere.”

Ka Segerike: “disinagogeng.”

Kapa: “ba tla le eka.”

Kapa: “baditjhaba.”

Kapa: “baditjhaba.”

Kapa: “feiga.”

Ha ho hlaha makgasi a matjha.

Kapa: “wa ho mo eka.”

Kapa: “nkeka.”

Ke ditlotla tse fuwang batho ba etsetsang batho ba bang dintho tse ntle.

Kapa: “sebeletsang.”

Ka Segerike: “meqathatso.”

Kapa: “eka.”

Ngwanana eo e ne le mosebeletsi.

Ka Segerike: “Sanhedrine.”

Ka Segerike: “Ke lona ba tjhong.” Ke mokgabopuo o bontshang ho dumela.

Ka Segerike: “Ke wena ya tjhong.” Ke mokgabopuo o bontshang ho dumela.

Sheba Ntlha ya A3.

Kapa: “Mo bolaele palong.”

Kapa: “bolaelwe palong.”

Kapa: “palo eo batho ba hlokofatswang ho yona.” Sheba Tlhaloso ya Palo.

Ka Segerike: “ka hora ya botshelela.”

Ka Segerike: “ho fihlela ka hora ya borobong.”

Kapa: “moya.”

Ka Segerike: “ditediamo tse 60.” Setediamo se lekana le dimithara tse 185. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa mohlomong: “Na ke wena feela moeti Jerusalema ya sa tsebeng?”

Kapa: “otlile lehlakore.”

Ka Segerike: “dipelo tsa rona di neng di tjhesa.”

Ka Segerike: “bulela.”

Ka Segerike: “moya.”

Kapa: “inamela.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share