LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Mareka 1:1-16:8
  • Mareka

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mareka
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Mareka

KOSEPELE YA MAREKA

1 Ditaba tse monate tse buang ka Jesu Kreste Mora wa Modimo di qala tjena: 2 Mantswe a ngotsweng ke moprofeta Esaia a re: “(Ke romela moromuwa wa ka pele ho wena* ya tla lokisa tsela ya hao.)+ 3 Ho na le motho ya hweletsang lefeelleng a re: ‘Lokisang tsela ya Jehova,* otlollang ditsela tsa hae.’”+ 4 Johanne Mokolobetsi o ne a le lefeelleng, a bolella batho hore ba kolobetswe ho bontsha hore ba bakile e le hore ba tshwarelwe dibe.+ 5 Baahi bohle ba Judea le Jerusalema ba ya ho yena. Ba ne ba ipolela dibe phatlalatsa ebe o ba kolobetsa* Nokeng ya Jordane.+ 6 Johanne o ne a apara diaparo tsa boya ba kamele, a itlama ka lebanta la letlalo thekeng,+ dijo tsa hae e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naheng.+ 7 O ne a ruta a re: “Ho na le ya matla ho mpheta ya tlang. Ha ke tshwanelehe ho inama ke fasolla marapo a dieta* tsa hae.+ 8 Ke le kolobeditse ka metsi empa yena o tla le kolobetsa ka moya o halalelang.”+

9 Nakong eo, Jesu a tswa Nazaretha e Galilea mme a kolobetswa Jordane ke Johanne.+ 10 Hang ha a tswa ka metsing a bona mahodimo a buleha yaba moya o halalelang o theohela hodima hae jwalo ka leeba.+ 11 Yaba lentswe le tswa mahodimong le re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlisang.”+

12 Hanghang moya o halalelang wa mo tataisetsa lefeelleng. 13 Ka hoo, a qeta matsatsi a 40 lefeelleng, yare ha a le moo Satane a mo leka.+ Moo ho ne ho ena le dibata empa mangeloi a ne a mo sebeletsa.+

14 Ka mora hore Johanne a tshwarwe, Jesu a kena Galilea+ a ntse a bolella batho ditaba tse monate tsa Modimo.+ 15 O ne a re: “Nako e behilweng e fihlile mme Mmuso wa Modimo o atametse. Bakang+ le be le amohele ditaba tse monate tsa Modimo.”

16 Ha a ntse a tsamaya haufi le Lewatle la Galilea a bona Simone le ngwanabo e leng Andrease+ ba akgela matlowa* a bona ka lewatleng.+ E ne e le batshwasi ba ditlhapi.+ 17 Jesu a re ho bona: “Ntshaleng morao, ke tla le etsa batshwasi ba batho.”+ 18 Hanghang ba tlohela matlowa a bona yaba ba a mo latela.+ 19 Yare ha a fetela pele, a bona bara ba Zebedea e leng Jakobo le Johanne ba le ka sekepeng sa bona ba lokisa matlowa a bona+ 20 yaba hanghang o a ba bitsa. Ba siya ntate wa bona Zebedea le banna ba hirilweng ka sekepeng, ba mo sala morao. 21 Ba tsamaya ho ya kena Kapernauma.

Ka Sabatha a ya ka tlung ya thapelo* yaba o qala ho ruta.+ 22 Batho ba ne ba tsota tsela eo a rutang ka yona hobane ha a ba ruta, ho ne ho utlwahala hore o fuwe matla ke Modimo. O ne a sa ba rute jwalo ka bangodi ba bona.+ 23 Ka tlung ya bona ya thapelo* motho e mong ya neng a ena le modemona a hweletsa a re: 24 “O batlang ho rona Jesu wa Monazaretha?+ Na o tlo re fedisa? Ke tseba hantle hore na o mang, o Mohlanka ya Halalelang wa Modimo.”+ 25 Empa Jesu a kgalemela modemona eo ka thata a re: “Thola, o tswe ho yena!” 26 Modemona eo a hweletsa haholo a ba a etsa hore motho eo a thothomele ha bohloko yaba o tswa ho yena. 27 Batho bohle ba makala haholo, ba qala ho buisana ba re: “Hoo keng? E tlameha ebe ke mokgwa o motjha wa ho ruta.* O na le matla a ho leleka bademona ebile ba a mo mamela.” 28 Ka hoo, dintho tseo a di entseng tsa tsebahala kapele dibakeng tsohle tse Galilea.

29 Ka nako eo, ba tswa ka tlung ya thapelo* mme ba ya lapeng la Simone le Andrease ba ena le Jakobo le Johanne.+ 30 Mohwehadi wa Simone*+ o ne a robetse a tshwerwe ke feberu mme hanghang ba bolella Jesu ka yena. 31 Jesu a ya ho yena a mo tshwara ka letsoho a mo phahamisa. Mohwehadi wa Simone a fola yaba o ba etsetsa dijo.

32 Mantsiboya ha letsatsi le diketse, batho ba mo tlisetsa bohle ba kulang le ba nang le bademona+ 33 mme motse wohle wa bokana hona moo monyako. 34 Ka hoo, a phekola ba bangata ba neng ba tshwerwe ke mafu a sa tshwaneng,+ a leleka le bademona ba bangata. Empa o ne a sa dumelle bademona ho bua hobane ba ne ba tseba hore ke Kreste.*

35 A tsoha ka meso ho sa le lefifi, a tswela ka ntle yaba o ya moo a leng mong, ha a fihla moo a rapela.+ 36 Simone le ba nang le yena ba mo batla hohle. 37 Ha ba mo fumana ba re ho yena: “Batho kaofela ba ntse ba o batla.” 38 Empa a re ho bona: “A re yeng ditoropong tse ding tse haufi e le hore nka ruta le moo ka ha ke yona ntho eo ke e tletseng.”+ 39 A ya, a ruta ka matlung a bona a thapelo* ho potoloha Galilea yohle a bile a leleka bademona.+

40 Molepera e mong a tla ho yena, a mo kopa a bile a kgumame a re: “Haeba feela o batla, o ka ntlhwekisa.”+ 41 Jesu a mo hauhela mme a otlolla letsoho a mo tshwara yaba o re ho yena: “Ke a batla, hlweka.”+ 42 Lepera la nyamela hanghang mme a hlweka. 43 A mo laya ka thata yaba o re a tsamaye, 44 a re ho yena: “O etse bonnete ba hore ha o re letho ho mang kapa mang empa o ye ho moprista a o bone. O etse dinyehelo tseo Moshe a itseng di etswe+ e le hore o hlweke, hore e be bopaki ho baprista.”+ 45 Empa ha monna eo a tloha, a bolella batho ditaba tsena tsohle, hoo Jesu a neng a se a tlameha ho kena metseng a sa bonwe. O ne a dula dibakeng tse ka ntle tse hole haholo. Ho ntse ho le jwalo, batho ba nna ba tla ho yena ba hlaha ka mahlakoreng ohle.+

2 Ka mora matsatsi a itseng, Jesu a boela a ya Kapernauma mme batho ba utlwela hore o teng lapeng.+ 2 Ka hoo, ba kena ka tlung ba le bangata hoo ho neng ho se ho se na sebaka esita le monyako. A qala ho ba bolella lentswe.+ 3 Yaba ba mo tlisetsa motho ya shweleng ditho a kakasitswe ke banna ba bane.+ 4 Empa ba ne ba sa kgone ho mo tlisa ho Jesu hobane batho ba ne ba le bangata haholo. Ka hoo, ba tlosa marulelo yaba ba theola lempara leo motho ya shweleng ditho a neng a robetse ho lona. 5 Ha a bona ka moo ba nang le tumelo ka teng,+ a re ho motho ya shweleng ditho: “Ngwaneso,* o tshwaretswe dibe.”+ 6 Ba bang ba bangodi ba ne ba dutse moo ba ntse ba re ka dipelong:+ 7 “Ke hobaneng ha monna eo a bua tjee? O tella Modimo. Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo?”+ 8 Empa hanghang Jesu a tseba* hore ba nahana jwalo yaba o re ho bona: “Ke hobaneng ha le nahana dintho tse jwalo?+ 9 Ke hofe ho bonolo? Na ke ho re ho motho ya shweleng ditho: ‘O tshwaretswe dibe’ kapa ke ho re: ‘Ema o nke lempara la hao o tsamaye’? 10 Empa e le hore le tsebe hore Mora motho+ o na le matla a ho tshwarela dibe lefatsheng . . .”+ A re ho motho ya shweleng ditho: 11 “Ke re ho wena, ema o nke lempara la hao o ye hae.” 12 A ema yaba hanghang o nka lempara la hae o tsamaya ba ntse ba mo shebile. Kaofela ba hlollwa mme ba tlotlisa Modimo ba re: “Ha re eso bone ntho e tjena haesale.”+

13 Jesu a boela a tswa a ya lebopong la lewatle. Letshwele la tla ho yena mme a le ruta. 14 Yare ha a ntse a tsamaya a bona Levi mora wa Alfiase a dutse ofising ya lekgetho. A re ho yena: “Eba molatedi wa ka.” A ema a mo latela.+ 15 Ha Jesu a ne a dutse tafoleng ha Levi, babokelli ba lekgetho le baetsadibe ba bangata ba tla mme ba dula le yena le barutuwa ba hae yaba ba bangata e eba balatedi ba hae.+ 16 Empa ha bangodi ba Bafarisi ba bona hore o ne a ja le baetsadibe le babokelli ba lekgetho, ba re ho barutuwa ba hae: “Ke hobaneng ha a ja le babokelli ba lekgetho le baetsadibe?” 17 Ha Jesu a utlwa hore na ba reng a re ho bona: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang ba a e hloka. Ke tletse ho bitsa baetsadibe eseng batho ba lokileng.”+

18 Bafarisi le barutuwa ba Johanne ba ne ba tlwaetse ho itima dijo. Ka hoo, ba tla mme ba re ho yena: “Ke hobaneng ha barutuwa ba hao ba sa itime dijo empa barutuwa ba Johanne le Bafarisi ba tlwaetse ho itima dijo?”+ 19 Yaba Jesu o re ho bona: “Na metswalle ya monyadi+ e na le lebaka la ho itima dijo ha monyadi a ntse a ena le yona? Ha feela monyadi a ntse a le teng e ke ke ya itima dijo. 20 Empa ho na le nako eo monyadi a tla tloswa ho metswalle ya hae,+ jwale ke hona e tla itima dijo. 21 Ha ho motho ya ka rokellang lesela le letjha leseleng la kgale hobane haeba a ka etsa jwalo, lesela le letjha le tla rutla la kgale ebe la kgale le taboha le ho feta.+ 22 Hape, ha ho motho ya ka tshelang veine e ntjha ka makukeng* a kgale a veine. Haeba a etsa jwalo, veine e tla phatlola makuka ao ebe yona ha mmoho le makuka di a senyeha. Empa veine e ntjha e tshelwa ka makukeng a veine a matjha.”

23 Ha a feta hara masimo a koro* ka Sabatha, barutuwa ba hae ba kga koro.+ 24 Ka hoo, Bafarisi ba re ho yena: “Bona, ke hobaneng ha ba etsa ntho eo ba sa lokelang ho e etsa ka Sabatha?” 25 Jesu a re ho bona: “Na ha le a ka la bala hore na Davida o ile a etsang ha yena le banna ba neng ba ena le yena ba lapile?+ 26 Tlaleho e buang ka moprista e moholo Abiathare+ e re Davida o ile a kena ka tlung ya Modimo, a ja bohobe bo halalelang* boo ho sa dumellweng ke molao hore motho le ha e le mang a bo je haese baprista.+ A bo fa le banna ba neng ba ena le yena.” 27 Ka hoo, a re ho bona: “Sabatha e bile teng ka lebaka la motho+ eseng hore motho o bile teng ka lebaka la Sabatha. 28 Ka hoo, Mora motho ke Morena esita le wa yona Sabatha.”+

3 Jesu a boela a kena ka tlung ya thapelo,* a fumana ho ena le monna ya omeletseng* letsoho.+ 2 Ka hoo, Bafarisi ba ne ba mo shebile ka hloko ho bona hore na o tla fodisa monna eo ka Sabatha e le hore ba mo qose. 3 A re ho monna eo ya omeletseng* letsoho: “Phahama o eme bohareng mona.” 4 Yaba o re ho bona: “Na molao o dumella motho ho etsa ketso e ntle kapa e mpe ka Sabatha, ho pholosa kapa ho bolaya?”+ Ba thola. 5 A ba ya ka mahlo a halefile a bile a utlwisitswe bohloko ke hore ba dipelo di thata.+ A re ho monna eo: “Otlolla letsoho la hao.” A le otlolla mme la fola. 6 Yaba Bafarisi ba a tswa mme hanghang ba rera le balatedi ba Heroda+ hore na ba ka mo bolaya jwang.

7 Empa Jesu le barutuwa ba hae ba tloha ba ya lewatleng. Letshwele le leholo le tswang Galilea le Judea la mo latela.+ 8 Ha letshwele le leholo le utlwa hore na o ne a etsa dintho tse ngata hakae, la tla ho yena le tswa Jerusalema, Idumea, ho potoloha Tire le Sidone le ka mose ho Jordane. 9 A bolella barutuwa ba hae hore ba lokise seketswana seo a tla se palama e le hore letshwele le se ke la mo petetsa. 10 Bohle ba neng ba ena le mafu a bohloko ba ne ba mo bokanela hore feela ba mo thetse hobane o ne a phekotse batho ba bangata.+ 11 Esita le bademona+ ba ne ba wela fatshe ka pela hae neng kapa neng ha ba mo bona mme ba hweletsa ba re: “O Mora wa Modimo.”+ 12 Empa ka makgetlo a mangata a ba laela ka thata hore ba se ke ba bolella mang kapa mang ka yena.+

13 A nyolohela thabeng yaba o bitsa ba bang ba barutuwa ba hae mme ba ya ho yena.+ 14 A kgetha banna ba 12, a ba bitsa baapostola. Ba ne ba tsamaya le yena a bile a ba roma ho ya ruta batho ditaba tse monate tsa Modimo. 15 Hape a ba fa matla a ho leleka bademona.+

16 Banna ba 12+ bao a ileng a ba kgetha e ne e le Simone eo a ileng a mo reha Petrose,+ 17 Jakobo mora wa Zebedea le Johanne ngwanabo Jakobo (le bona a ba reha Boanergese, e bolelang “Bara ba Seaduma”),+ 18 Andrease, Filipi, Bartholome, Matheu, Thomase, Jakobo mora wa Alfiase, Thadiase, Simone wa Mokanana* 19 le Judase Iskariota, eo ha morao a ileng a rekisa* Jesu.

Yaba Jesu o kena ka tlung. 20 Batho ba ne ba bokane ba le bangata hoo Jesu le barutuwa ba hae ba neng ba se na le nako ya ho ja. 21 Empa ha beng ka yena ba utlwa hore na ho etsahalang, ba tswa ho ya mo tshwara ka ha ba ne ba re: “Ha a sa nka hantle.”+ 22 Hape, bangodi ba theohileng Jerusalema ba ne ba re: “O kenwe ke Beelzebube,* o leleka bademona ka mmusi wa bademona.”+ 23 Ka hoo, a ba bitsa, a ba etsetsa mohlala a re: “Satane a ka leleka Satane jwang? 24 Haeba mmuso o arohana, o ke ke wa ema+ 25 mme haeba lelapa* le arohana, le ke ke la tshwarella. 26 Hape, haeba Satane a itwantsha a bile a arohane, a ke ke a ema empa o tla fela. 27 Ha e le hantle, motho ya kenang ka tlung ya monna ya matla a ke ke a kgona ho utswa thepa ya hae ntle le hore a mo fase pele. Ka mora moo ke hona a ka utswang thepa e ka tlung ya hae. 28 Ka nnete ke a le bolella hore batho ba tla tshwarelwa dibe tsohle tseo ba di etsang le dintho tsohle tse mpe tseo ba di buang. 29 Le ha ho le jwalo, mang kapa mang ya nyefolang moya o halalelang a ke ke a tshwarelwa ho hang+ hobane o molato wa sebe se ke keng sa tshwarelwa.”*+ 30 O ile a tjho jwalo hobane ba ne ba re: “O na le modemona.”+

31 Jwale mme wa hae le bana babo+ ba tla mme ba roma motho hore a mo bitse ba ntse ba eme ka ntle.+ 32 Letshwele le neng le mo potapotile la re ho yena: “Bona, mme wa hao le bana beno ba eme ka ntle ba a o bitsa.”+ 33 Empa a re ho bona: “Mme le bana beso ke bomang?” 34 A sheba ba dutseng ba mo potapotile yaba o re: “Mme le bana beso ke bana.+ 35 Mang kapa mang ya etsang thato ya Modimo ke yena ngwaneso, kgaitsedi ya ka le mme wa ka.”+

4 A boela a ruta batho a le pela lewatle yaba letshwele le leholo le bokana haufi le yena. Ka hoo, a palama sekepe a dula ka hara sona a le hole le lebopo empa batho kaofela ba ne ba le pela lewatle.+ 2 A ba ruta dintho tse ngata ka ho ba etsetsa dipapiso,+ ha a ntse a ba ruta a re:+ 3 “Mamelang, mojadi o ile a tswa ho ya jala.+ 4 Ha a ntse a jala, peo e nngwe ya wela haufi le tsela yaba dinonyana di a e ja. 5 E nngwe ya wela dipakeng tsa majwe moo ho se nang mobu o mongata. Ya mela hanghang hobane mobu o ne o sa teba.+ 6 Ha letsatsi le tjhaba ya tjha yaba e a omella hobane e ne e se na metso. 7 E nngwe ya wela hara meutlwa yaba meutlwa e a hola e a e bipetsa, ya se ke ya beha ditholwana.+ 8 E nngwe yona ya wela mobung o motle, ya hola ya eba kgolo mme ya qala ho beha ditholwana. Peo e nngwe ya beha ditholwana tse imenneng ka makgetlo a 30, e nngwe ya beha tse imenneng ka makgetlo a 60, e nngwe yona ya beha tse imenneng ka makgetlo a 100.”+ 9 A boela a re: “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe.”+

10 Ka mora hore letshwele le tsamaye, baapostola ba 12 ha mmoho le batho ba neng ba ena le yena ba mo botsa ka dipapiso tseo.+ 11 Yaba o re ho bona: “Le dumeletswe ho utlwisisa sephiri se halalelang+ sa Mmuso wa Modimo empa ba bang bona ba bolellwa dintho tsohle ka ho etsetswa dipapiso+ 12 hobane le hoja ba shebile, ha ba bone mme le hoja ba utlwa, ha ba utlwisise ebile ha ba kgutlele ho Modimo e le hore ba tshwarelwe.”+ 13 A boela a re ho bona: “Ha le sa utlwisise papiso ee, le tla utlwisisa tse ding kaofela jwang?

14 Mojadi o jala lentswe.+ 15 Peo e jetsweng haufi le tsela ke batho ba utlwang lentswe empa hang ka mora ho le utlwa, Satane o a tla+ mme o tlosa lentswe le jetsweng dipelong tsa bona.+ 16 Peo e jetsweng dipakeng tsa majwe ke batho ba amohelang lentswe ka thabo hang ha ba le utlwa.+ 17 Empa ka ha molaetsa ha o a mela ka metso ka dipelong tsa bona, ba o dumela ka nakwana ebe hang ha ho hlaha matshwenyeho kapa mahloriso ka lebaka la molaetsa wa Mmuso, ba kgaotsa ho dumela molaetsa oo. 18 Peo e jetsweng hara meutlwa ke batho ba utlwileng lentswe+ 19 empa mathata+ a lefatshe lena,* tabatabelo ya ho rua*+ le ditakatso+ tsa dintho tse ding kaofela, di a hlasela di bipetsa lentswe ebe ha le behe ditholwana. 20 Peo e jetsweng mobung o motle ke batho ba mamelang lentswe, ba a le amohela mme ba beha ditholwana, ba bang ba beha tse imenneng ka makgetlo a 30, ba bang a 60, ba bang a 100.”+

21 A boela a re ho bona: “Lebone ha le dule tlasa baskete kapa tlasa bethe empa le dula hodima tafole.+ 22 Etswe dintho tsohle tse patilweng di tla pepeswa, le dintho tsohle tse patilweng ka thata di tla hlahella.+ 23 Mang kapa mang ya nang le ditsebe a ke a utlwe.”+

24 A boela a re ho bona: “Mamelang ka hloko seo le se utlwang.+ Le tla lekanyetswa ka ntho eo le lekanyetsang ba bang ka yona le be le ekeletswe. 25 Etswe ya nang le letho o tla ekeletswa+ empa ya se nang letho o tla amohuwa le hoo a nang le hona.”+

26 Yaba o re: “Mmuso wa Modimo o ka tshwantshwa le motho ya ileng a lahlela peo mobung. 27 O a robala bosiu, a tsohe hoseng ebe peo e a hlaha le dimela di a hola di ba kgolo, hore na jwang ha a tsebe. 28 Ditholwana di hlaha butlebutle, ho hlaha lehlaka pele, ho latele hloohwana ebe e eba dithollo tse tletseng hloohwaneng. 29 Empa hang ha dimela di butswitse, o di hela ka sekele hobane ke nako ya ho kotula.”

30 A tswela pele ho re: “Re ka tshwantsha Mmuso wa Modimo le eng kapa re ka o hlalosa ka papiso efe? 31 O tshwana le peo ya mosetareta. E jalwa e le nyenyane ho feta dipeo tsohle tse lefatsheng.+ 32 Empa ha e jetswe, e a hola e ba kgolo ho feta meroho e meng kaofela ebe e hlahisa makala a maholo, le dinonyana di kgona ho fumana bodulo tlasa moriti wa yona.”

33 Jesu o ne a ba bolella lentswe ka ho ba etsetsa dipapiso tse ngata+ tsa mofuta oo, ho ya ka hore na ba ne ba kgona ho utlwisisa eng. 34 O ne a sa bue le bona a sa etse papiso empa o ne a hlalosetsa barutuwa ba hae dintho tsohle moo ba leng bang.+

35 Letsatsing leo, ha shwalane e tshwere, a re ho bona: “A re tsheleleng lebopong le leng.”+ 36 Ka hoo, ka mora hore ba bolelle letshwele hore le tsamaye, ba isa Jesu ka sekepeng.* Ho ne ho ena le dikepe tse ding pela sekepe seo.+ 37 Ho ile ha tsoha sefefo se matla mme metsi a nna a otla sekepe hampe le ho kena ka hara sona hoo se neng se le haufi le ho tlala.+ 38 Empa o ne a le karolong e ka morao ya sekepe a robetse mosamong. Ka hoo, ba mo tsosa ba re ho yena: “Mosuwe, na ha o bone hore re a shwa?” 39 Yaba o a tsoha o kgalemela sefefo ka matla mme o re ho lewatle: “Thola! Kgutsa!”+ Yaba moya o a kokobela mme ha thola tu! 40 Ka hoo, a re ho bona: “Ke hobaneng ha le tshohile* hakaale? Na ha le na tumelo?” 41 Empa ba ikutlwa ba tshohile ka tsela e sa tlwaelehang mme ba buisana ba re: “Hantlentle motho eo ke mang? Esita le sefefo le lewatle di a mo mamela.”+

5 Ba tla ka lehlakoreng le leng la lewatle naheng ya Bagerasa.+ 2 Hang ha Jesu a tswa ka sekepeng, monna e mong ya nang le modemona a mo kgahlanyetsa a hlaha mabitleng. 3 O ne a dula mabitleng moo. Ho ne ho se na motho ya kgonang ho mo tlama ka thata esita le ka ketane. 4 Batho ba ne ba ye ba mo tlame maoto le matsoho ka diketane empa o ne a di kgaola. Ho ne ho se na motho ya nang le matla a ho mo tshwara. 5 O ne a itsheha ka majwe a bile a hweletsa a sa kgaotse bosiu le motshehare a le mabitleng le dithabeng. 6 Empa ha a re hedi! a bona Jesu a le hojana, a matha mme a mo kgumamela.+ 7 A hweletsa a re: “Hantle o mpatlang Jesu Mora Modimo Ya Phahameng ka ho Fetisisa? Ikane ka Modimo hore o ke ke wa ntlhokofatsa.”+ 8 Etswe Jesu o ne a ntse a re ho modemona eo: “Tswa ho monna eo, wena modemona.”+ 9 Jesu a re: “O mang?” Yaba modemona eo o re ho yena: “Lebitso la ka ke Legione hobane re bangata.” 10 Bademona bao ba kopa Jesu ka makgetlo hore a se ke a ba lelekela ka ntle ho naha.+

11 Ho ne ho ena le mohlape o moholo wa dikolobe+ o ntseng o fula thabeng.+ 12 Ka hoo, bademona bao ba mo kopa ba re: “Re romele dikolobeng e le hore re ka kena ho tsona.” 13 A ba dumella. Yaba bademona ba a tswa mme ba kena dikolobeng. Di ne di ka ba 2 000 yaba kaofela di mathela selomong di wela ka lewatleng mme di kgangwa ke metsi. 14 Empa badisa ba tsona ba baleha mme ba tlaleha taba ena motseng le dibakeng tse ka thoko. Batho ba tla ho tla bona hore na ho etsahetseng.+ 15 Ha ba tla ho Jesu ba fumana monna ya neng a kenwe ke legione a se a hlaphohetswe kelellong, a apere a bile a dutse yaba ba a tshoha. 16 Batho ba boneng hore na ho etsahetseng ba ba bolella ka monna eo ya neng a ena le bademona le ka dikolobe. 17 Ka hoo, ba kopa Jesu hore a tsamaye.+

18 Yare ha a palama sekepe, monna eo ya neng a ena le modemona a kopa ho tsamaya le yena.+ 19 Empa Jesu a mo hanela a re ho yena: “Eya lapeng ho beng ka wena, o ba bolelle dintho tsohle tseo Jehova* a o etseditseng tsona le ka moo a o hauhetseng ka teng.” 20 Monna eo a tloha yaba o bolella batho ba Dekapolise* dintho tsohle tseo Jesu a mo etseditseng tsona. Batho bohle ba qala ho makala.

21 Ka mora hore Jesu a boele a tshelele lebopong le ka mose wane ka sekepe, letshwele le leholo la mo bokanela. O ne a le ka thoko ho lewatle.+ 22 E mong wa balaodi ba okamelang ntlo ya thapelo* ya bitswang Jairuse, a fihla. Eitse ha a bona Jesu, a itihela maotong a hae,+ 23 a mo kopa ka makgetlo a re: “Moradinyana wa ka o kula hampe.* Ke kopa o tle o tlo mo beha matsoho+ e le hore a fole mme a phele.” 24 Yaba Jesu o tsamaya le yena. Batho ba bangata ba ne ba mo setse morao ba bile ba mo peteditse.

25 Ho ne ho ena le mosadi e mong ya neng a ena le bothata ba phallo ya madi+ ka dilemo tse 12.+ 26 Dingaka tse ngata di ne di mo baketse bohloko bo boholo. O ne a sebedisitse tjhelete ya hae kaofela empa ho ena le hore a fole, o ne a kula le ho feta. 27 Ka mora hore a utlwele ka Jesu, a tla ka mora hae hara letshwele mme a tshwara seaparo sa hae,+ 28 ka ha o ne a ntse a re ka pelong: “Haeba feela nka tshwara diaparo tsa hae ke tla fola.”+ 29 Hanghang madi a hae a kgaotsa ho phalla mme a utlwa mmeleng wa hae hore o fodile.

30 Kapelepele Jesu a hlokomela hore matla+ a tswile ho yena. A qamaka hara letshwele yaba o re: “Ke mang ya thetsitseng diaparo tsa ka?”+ 31 Barutuwa ba hae ba re ho yena: “Na ka nnete batho ba o peteditse ba le bangata tjee, o ka re na ke mang ya o thetsitseng?” 32 Empa o ne a ntse a qamaka hore na ke mang ya mo thetsitseng. 33 Ka ha mosadi eo o ne a hlokometse hore o fodile, a tla mme a kgumama ka pela hae a tshohile a bile a thothomela yaba o ipuela nnete feela. 34 Jesu a re ho yena: “Ngwaneso,* tumelo ya hao e o fodisitse. Tsamaya ka kgotso,+ bohloko ba hao bo fole.”+

35 Ha a sa ntse a bua, banna ba bang ba tswang lapeng la molaodi ya okamelang ntlo ya thapelo* ba fihla yaba ba re: “Moradi wa hao o hlokahetse. O sa tshwenyetsang Mosuwe?”+ 36 Empa Jesu a utlwa hore na ba itseng yaba o re ho molaodi ya okamelang ntlo ya thapelo:* “O se ke wa tshoha,* eba le tumelo feela.”+ 37 Ha a ka a dumella mang kapa mang ho mo sala morao haese Petrose, Jakobo le Johanne ngwanabo Jakobo.+

38 Ka hoo, ba tla ntlong ya molaodi ya okamelang ntlo ya thapelo* mme Jesu a fumana ho le moferefere, batho ba lla ha bohloko.+ 39 Ka mora hore a kene, a re ho bona: “Ke hobaneng ha le lla ebile le entse moferefere? Ngwana ha a shwa, o robetse.”+ 40 Yaba ba a mo tsheha. A ba ntshetsa ka ntle kaofela, a dumella feela batswadi ba ngwana eo le barutuwa bao a neng a ena le bona hore ba ye moo ngwana eo a neng a le teng. 41 A tshwara ngwana eo ka letsoho a re ho yena: “Talitha kumi,” eo ha e fetolelwa e bolelang: “Ngwanana, ke re ho wena, tsoha.”+ 42 Ngwanana eo a tsoha hanghang mme a qala ho tsamaya. (O ne a le dilemo di 12.) Batho ba thaba haholo. 43 Empa a ba laela ka makgetlo* hore ba se ke ba bolella mang kapa mang ka taba ena+ mme a re ngwanana eo a fuwe dijo.

6 A tloha moo a ya ha habo+ mme barutuwa ba hae ba mo latela. 2 Ka Sabatha a ruta ka tlung ya thapelo.* Boholo ba batho ba mo utlwileng ba hlollwa mme ba re: “Motho eo o tsebelletse dintho tsee kae?+ Motho eo ke mang hoo a bileng a filweng bohlale le matla a ho etsa mehlolo e tjee?+ 3 Na motho eo ha se mmetli wa mapolanka?+ Na mme wa hae ha se Maria+ mme na bana babo ha se Jakobo,+ Josefa, Judase le Simone?+ Na dikgaitsedi tsa hae ha di hara rona moo?” Ka hoo, ba hana ho dumela ho yena. 4 Empa Jesu a re ho bona: “Moprofeta o hlomphuwa hohle ntle le ha habo le ka tlung ya hae.”+ 5 Ka hoo, ha a ka a etsa mehlolo moo haese ho phekola ba seng bakae ba kulang le ho ba beha matsoho. 6 O ile a makatswa ke hore ebe ha ba na tumelo yaba o potoloha le metsana, a ntse a ruta.+

7 A bitsa barutuwa ba hae ba 12, a qala ho ba roma ka bobedi+ mme a ba fa matla a ho hlola bademona.+ 8 Hape, a ba laela hore ba se ke ba nka tjhelete* ka dipatjheng tsa bona, bohobe kapa mokotla wa dijo, ba nke lere feela.+ 9 A re ba rwale dieta* le hore ba se ke ba apara seaparo sa bobedi.* 10 Hape a re ho bona: “Hohle moo le fihlang le dule ntlong ya motho ho fihlela le tloha sebakeng seo.+ 11 Kae kapa kae moo ba sa le amoheleng kapa ba sa le mameleng, le hlohlore lerole maotong a lona ha le tswa moo e le bopaki ba hore le ba lemositse.”*+ 12 Yaba ba a tsamaya mme ba bolella batho hore ba lokela ho baka.+ 13 Ba ile ba leleka bademona ba bangata,+ ba tlotsa batho ba bangata ba kulang ka oli mme ba ba phekola.

14 Morena Heroda a utlwela ka ditaba tsena hobane lebitso la Jesu le ile la tsebahala haholo mme batho ba ne ba re: “Johanne Mokolobetsi o tsositswe bafung, ke ka hoo a kgonang ho etsa mehlolo.”+ 15 Empa ba bang ba ne ba re: “Ke Elia.” Ba bang bona ba ne ba re: “Ekare e mong wa baprofeta ba kgale.”+ 16 Empa ha Heroda a utlwela ka Jesu a re: “Johanne eo ke mo kgaotseng hlooho o tsositswe.” 17 Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama a mo kwalla teronkong ka lebaka la Herodiase. Herodiase e ne e le mohatsa Filipi moholwane wa Heroda empa Heroda a mo nyala.+ 18 Johanne o ne a ye a re ho Heroda: “Molao ha o o dumelle hore o nyale mosadi wa moholwane wa hao.”+ 19 Ka hoo, Herodiase o ne a jere Johanne ka pelo mme a batla ho mo bolaya empa o ne a sitwa. 20 Heroda o ne a tshaba Johanne hobane a tseba hore ke monna ya lokileng,+ ya halalelang mme o ne a mo sireleditse. Nako le nako ha Johanne a ne a buile le yena, o ne a qakeha a sa tsebe hore na a etseng ka yena empa o ne a ntse a rata ho mo mamela.

21 Herodiase a fumana monyetla ha Heroda a lokisetsa dijo tsa mantsiboya ka letsatsi la hae la tswalo+ bakeng sa diofisiri tsa hae tse kgolo, balaodi ba sesole le banna ba tummeng haholo ba Galilea.+ 22 Moradi wa Herodiase a fihla a tantsha yaba Morena Heroda le ba neng ba ja le yena ba a thaba. Morena a re ho yena: “Mpolelle hore na keng eo o e batlang, ke tla o fa yona.” 23 A hla a ikana a re: “Ke tla o fa ntho e nngwe le e nngwe eo o e batlang le ha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.” 24 Yaba o ya ho mme wa hae o re: “Ke kopeng?” A re: “Kopa hlooho ya Johanne Mokolobetsi.” 25 Hanghang a ya ho morena a tatile yaba o re ho yena: “Mphe hlooho ya Johanne Mokolobetsi e behilwe hodima sejana hona jwale.”+ 26 Morena o ile a sarelwa haholo ha a utlwa taba ena empa o ne a sa batle ho hana kopo ya hae hobane o ne a ikanne ka pela baeti ba hae.* 27 Hanghang morena a roma lesole le katang a le laela hore le tlise hlooho ya Johanne. Ka hoo, la tsamaya la mo kgaola hlooho a le teronkong 28 mme la tlisa hlooho ya hae e le hodima sejana. La e fa morwetsana, yena a e fa mme wa hae. 29 Ha barutuwa ba Johanne ba tseba ka taba ena, ba fihla ba nka setopo sa hae ba mo pata.

30 Baapostola ba tla ho Jesu mme ba mo bolella dintho tsohle tseo ba neng ba di entse le ho di ruta.+ 31 Yaba o re ho bona: “A re yeng moo re leng bang re phomole hanyenyane.”+ Ho ne ho ena le batho ba bangata ba tlang le ba tsamayang mme Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba se na nako ya ho phomola esita le ya ho ja. 32 Ka hoo, ba tsamaya ka sekepe ba ya moo ba leng bang.+ 33 Empa batho ba ba bona ha ba tsamaya mme ba bangata ba utlwa hore ba a tsamaya. Kaofela ba matha ba tswa metseng yohle mme ba ba fihlela pele. 34 Ha Jesu a tswa ka sekepeng, a bona batho ba bangata mme a ba hauhela+ hobane ba ne ba tshwana le dinku tse se nang modisa.+ A qala ho ba ruta dintho tse ngata.+

35 Ka ha e ne e se e le mantsiboya, barutuwa ba hae ba tla ho yena ba re: “Sebaka sena se hole haholo hape e se e le mantsiboya.+ 36 Ere batho bana ba tsamaye e le hore ba ka ya metseng le metsaneng e haufi ba ithekela dijo.”+ 37 Jesu a re ho bona: “Lona ba feng dijo.” Yaba ba re ho yena: “Re tlohe re yo reka mahobe a didenari* tse 200 mme re a fe batho baa hore ba je?”+ 38 A re ho bona: “Tsamayang le shebe hore na le na le mahobe a makae.” Ha ba kgutla ba re: “A mahlano le ditlhapi tse pedi.”+ 39 A laela batho bohle hore ba dule ka dihlopha hodima jwang.*+ 40 Ba dula ka dihlopha tsa ba 100 le tsa ba 50. 41 Yaba o nka mahobe ao a mahlano le ditlhapi tse pedi, a sheba lehodimong a kopa tlhohonolofatso.+ A qhetsola mahobe, a a fa barutuwa, barutuwa bona ba a fa batho mme Jesu a arolela bohle ditlhapi tseo tse pedi. 42 Ka hoo, bohle ba ja ba kgora 43 mme barutuwa ba nka dibaskete tse 12 tse tletseng bohobe bo setseng, ba boela ba nka le ditlhapi tse neng di setse.+ 44 Batho ba ileng ba ja mahobe e ne e le banna ba 5 000.

45 Ntle ho tshenyo ya nako, a re barutuwa ba hae ba palame sekepe mme ba ye ka lehlakoreng le leng la lewatle, ba feta pela Bethsaida, yena a sala a ntse a bolella batho hore ba tsamaye.+ 46 Empa ka mora hore a re ba tsamaye hantle, a ya thabeng ho ya rapela.+ 47 Mantsiboya sekepe se ne se le bohareng ba lewatle empa o ne a le mong lebopong.+ 48 O ile a bona hore ba soka ka thata hobane moya o ne o le matla haholo. A tla ho bona hoo e ka bang ka meso,* a tsamaya hodima lewatle empa a etsa eka o a* ba feta. 49 Ha barutuwa ba mo bona a tsamaya hodima lewatle, ba hweletsa ba re: “Keng ntho e tlang le moo?”* 50 Kaofela ba ile ba mo bona yaba ba a tshoha. Hanghang Jesu a re ho bona: “Le se ke la tshoha, ke nna.”+ 51 A kena ka sekepeng mme moya wa kokobela. Yaba ba makala haholo 52 ka ha ba ne ba sa utlwisisa hore na mohlolo oo a o entseng ka mahobe o bolelang. Ba ile ba tswela pele ba ntse ba sa utlwisise ka dikelellong tsa bona.

53 Ba tshelela mose moo ho ommeng, ba kena Genesarete yaba ba emisa sekepe ka ankora haufi le lebopo.+ 54 Empa hang ha ba tswa ka sekepeng, batho ba bona Jesu. 55 Ba phasaphasa sebakeng seo kaofela yaba ba tlisa bakudi ka mampara ba ba isa moo ba utlwileng hore o hona teng. 56 Hohle moo a neng a fihla metseng le metsaneng, ba ne ba beha bakudi dimmarakeng mme ba mo kopa hore ba mpe ba tshware ditjobo tsa seaparo sa hae.+ Bohle ba ileng ba di tshwara ba fola.

7 Bafarisi le ba bang ba bangodi ba neng ba tswa Jerusalema ba kgobokana pela Jesu,+ 2 ba bona ba bang ba barutuwa ba hae ba ja dijo ba sa hlapa matsoho ka tsela ya moetlo wa Sejuda. 3 (Bafarisi le Bajuda bohle ba ne ba sa je ntle le hore ba hlape matsoho ho fihlela ditsweng. Ba ne ba kgomaretse meetlo ya baholoholo ba bona. 4 Ha ba kgutla mmarakeng ba ne ba sa je ntle le hore ba hlape. Ho na le meetlo e meng e mengata eo ba neng ba e kgomaretse e kang ho ina dikopi, dijeke le dijana tsa koporo metsing.)+ 5 Ka hoo, Bafarisi le bangodi bao ba re: “Ke hobaneng ha barutuwa ba hao ba sa hlomphe moetlo wa baholoholo ba rona, ba ja dijo ka matsoho a ditshila?”+ 6 A re ho bona: “Esaia o profetile hantle ka lona ha a re: ‘Batho bana ba ntlhompha ka melomo feela empa dipelo tsa bona di suthetse hole le nna.+ 7 Ha ho na thuso ya hore ebe ba ntse ba nthapela hobane ba ruta ditaelo tsa batho jwalo ka ha eka ke dithuto tsa Modimo.’+ 8 Le tlohela taelo ya Modimo le kgomarela ya batho.”+

9 A boela a re ho bona: “Ka masene le batla ditsela tsa hore le se ke la mamela melao ya Modimo e le hore le tle le boloke meetlo ya lona.+ 10 Mohlala, Moshe o ile a re: ‘Hlompha ntate wa hao le mme wa hao,’+ a boela a re: ‘Mang kapa mang ya rohakang* ntate wa hae kapa mme wa hae o lokela ho bolawa.’+ 11 Empa lona le re: ‘Haeba motho a re ho ntate wa hae kapa mme wa hae: “Ntho e nngwe le e nngwe eo ke neng nka o thusa ka yona ke korbane (e leng hore ke se ke e file Modimo e le mpho),”’ 12 lona le mo dumella hore a se ke a hlola a thusa ntate wa hae kapa mme wa hae.+ 13 Ka tsela eo, le entse lentswe la Modimo ntho e se nang thuso+ ka lebaka la moetlo wa lona. Le etsa dintho tse ngata tse kang tsena.”+ 14 A boela a bitsetsa letshwele ho yena yaba o re: “Mmameleng kaofela ha lona, le utlwisise hore na ke reng.+ 15 Motho ha a silafatswe ke ntho eo a e kenyang ka hanong empa o silafatswa ke dintho tse tswang ka ho yena.”+ 16 *——

17 Jesu a tloha letshweleng a kena ka tlung yaba barutuwa ba hae ba mo botsa ka papiso eo.+ 18 Ka hoo, a re ho bona: “Na le lona le tshwana le bona ha le utlwisise? Na ha le tsebe hore ha ho na ntho e ka kenang ka ho motho yaba e a mo silafatsa 19 ka ha ha e ye pelong empa e ya ka mpeng ebe e fetela sekoting sa dikgwerekgwere?” Ka ho tjho jwalo a bolela hore dijo tsohle di hlwekile. 20 Ho feta moo a re: “Dintho tse tswang pelong ya motho ke tsona tse mo silafatsang+ 21 hobane ka dipelong tsa batho+ ho hlaha menahano e fosahetseng e etsang hore ho be le boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,* boshodu, dipolao, 22 bofebe, meharo, bokgopo, bolotsana, boitshwaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa swabe,* mona, dipuo tse mpe, boikgohomoso le ho hloka kelello. 23 Dintho tsena kaofela tse fosahetseng di tswa pelong ya motho mme di a mo silafatsa.”

24 A ema a ya dibakeng tse haufi le Tire le Sidone.+ A kena ka tlung e nngwe a sa batle hore batho ba tsebe hore o fihlile empa ba tseba. 25 Hanghang mosadi eo moradinyana wa hae a neng a kenwe ke modemona a utlwela ka yena yaba o a tla o itihela maotong a hae.+ 26 Mosadi eo e ne e le Mogerike ya tswang* Foenisia e Siria. A kopa Jesu ka makgetlo hore a ntshe modemona ho moradi wa hae. 27 Empa a re ho yena: “Tlohela bana ba kgore pele ka ha ha ho a nepahala ho nka bohobe ba bana ebe bo akgellwa madinyane a dintja.”+ 28 Mosadi eo a re ho yena: “E, mohlomphehi empa le ona madinyane a dintja a ka tlasa tafole a ja makumane a bana.” 29 Yaba Jesu o re ho yena: “Ka ha o arabile ka tsela ena, tsamaya, modemona o tswile ho moradi wa hao.”+ 30 Ka hoo a tloha a ya hae, ha a fihla a fumana moradinyana a robetse betheng modemona a tswile.+

31 Ha Jesu a tswa Tire, a ya Lewatleng la Galilea a tswa ka tsela ya Sidone le Dekapolise.*+ 32 Ba mo tlisetsa monna ya sa utlweng ditsebeng a bile a sa kgone ho bua hantle+ yaba ba mo kopa hore a mo behe matsoho. 33 A mo nkela lekunutung, a kenya menwana ka ditsebeng tsa hae yaba o tshwela mathe o thetsa leleme la hae.+ 34 A sheba lehodimong, a hemela hodimo mme a re ho yena: “Effatha” e bolelang, “Buleha.” 35 Ditsebe tsa hae tsa buleha,+ hape a qala ho bua hantle. 36 Yaba o ba laela hore ba se ke ba bolella batho ka yena+ empa ha a ne a ba thiba ba ne ba bua le ho feta.+ 37 Ba tsota+ mme ba re: “O entse dintho tsohle hantle. O bile o etsa hore ba sa utlweng ditsebeng ba utlwe le ba sa kgoneng ho bua ba bue.”+

8 Ka nako eo, batho ba bokana moo Jesu a neng a le teng. Ba ne ba se na dijo, ka hoo a bitsa barutuwa a re ho bona: 2 “Ke hauhela batho bana+ hobane ba se ba qetile matsatsi a mararo ba dutse le nna mme ha ba na letho le jewang.+ 3 Haeba nka re ba ye hae ba lapile, ba tla fellwa ke matla tseleng ebile ba bang ba bona ba tswa hole.” 4 Empa barutuwa ba hae ba re: “Ha re le hole tjee motho a ka fumana mahobe a lekaneng batho baa hokae?” 5 Yaba Jesu o re ho bona: “Le na le mahobe a makae?” Ba re: “A supileng.”+ 6 A re batho ba dule fatshe. A nka mahobe ao a supileng, a leboha, a a qhetsola a a fa barutuwa ba hae, barutuwa bona ba a fa batho.+ 7 Hape ba ne ba ena le ditlhapi tse nyenyane tse seng kae mme a di hlohonolofatsa, a ba bolella hore le tsona ba di abe. 8 Ka hoo, ba ja ba kgora yaba barutuwa ba nka dibaskete* tse supileng tse kgolo tse tletseng bohobe bo setseng.+ 9 Ho ne ho ena le banna ba ka bang 4 000. Ka mora moo Jesu a re ba tsamaye.

10 Hanghang yena le barutuwa ba hae ba palama sekepe ba ya Dalmanutha.+ 11 Bafarisi ba mo etsetsa kgang ba batla hore a etse mohlolo o tswang lehodimong e le ho mo leka.+ 12 A utlwa bohloko haholo mme a re: “Ke hobaneng ha batho ba moloko oo ba batla mohlolo?+ Ka nnete ke a le bolella hore ha ho na mohlolo oo ba tla o bona.”+ 13 Yaba o a ba siya o palama sekepe hape, o ya lebopong le ka mose wane.

14 Empa barutuwa ba lebala ho nka mahobe mme ba ne ba se na letho ho bona ka sekepeng haese bohobe bo le bong.+ 15 A ba lemosa ka ho hlaka a re: “Dulang le butse mahlo, le hlokomele tomoso ya Bafarisi le ya Heroda.”+ 16 Barutuwa ba qala ho phehisana ka taba ya hore ha ba na mahobe. 17 Ha a elellwa a re ho bona: “Ke hobaneng ha le phehisana ka hore ha le na mahobe? Na le ntse le eso hlakelwe hore na ke reng? E le hore le ntse le sa utlwisise? 18 ‘Le na le mahlo empa ha le bone, le na le ditsebe empa ha le utlwe.’ Na ha le sa hopola 19 hore na ha ke ne ke qhetsolela banna ba 5 000 mahobe a mahlano,+ le ile la nka dibaskete tse kae tse tletseng bohobe bo setseng?” Ba re ho yena: “Tse 12.”+ 20 “Ha ke qhetsolela banna ba 4 000 mahobe a supileng, le ile la nka dibaskete* tse kae tse tletseng bohobe bo setseng?” Ba re ho yena: “Tse supileng.”+ 21 Yaba o re ho bona: “Na le ntse le eso utlwisise?”

22 Ha ba fihla Bethsaida batho ba mo tlisetsa monna ya sa boneng mme ba mo kopa hore a mo thetse.+ 23 A tshwara monna eo ya sa boneng ka letsoho, a mo isa ka ntle ho motse. A mo tlotsa* ka mathe mahlong+ yaba o beha matsoho hodima hae mme o re ho yena: “O bonang?” 24 Monna eo a phahamisa mahlo a re: “Ke bona batho empa ekare ke difate tse ntseng di tsamaya.” 25 Jesu a boela a beha matsoho mahlong a monna eo. Monna eo a fola yaba o bona ntho e nngwe le e nngwe hantle. 26 Ka hoo, a re a tsamaye empa a re ho yena: “O se ke wa ya motseng.”

27 Jesu le barutuwa ba hae ba tloha ba ya metseng ya Sesarea Filipi. Ha ba le tseleng a re ho barutuwa ba hae: “Batho ba re ke mang?”+ 28 Ba re ho yena: “Ba bang ba re o Johanne Mokolobetsi,+ ba bang ba re o Elia,+ ba bang bona ba re o e mong wa baprofeta.” 29 A re: “Lona le re ke mang?” Petrose a re: “O Kreste.”+ 30 Yaba o ba laela hore ba se ke ba bolella batho ka yena.+ 31 Hape, a qala ho ba ruta hore Mora motho o tla hloriswa hampe, baholo, baprista ba baholo le bangodi ba ke ke ba mo amohela le hore o tla bolawa+ ebe o tsoswa ka letsatsi la boraro.+ 32 O ile a ba bolella taba eo ka tsela e hlakileng. Empa Petrose a mo nkela ka thoko mme a qala ho mo kgalemela.+ 33 Jesu a furalla, a sheba barutuwa ba hae mme a kgalemela Petrose ka thata a re: “Tloha* Satane! Hobane o nahana menahano ya batho eseng ya Modimo.”+

34 Jesu a bitsa letshwele le barutuwa ba hae mme a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntshala morao, a se ke a hlola a iphelela. A ikemisetse ho mamella mahloriso* mme a nne a ntatele.+ 35 Mang kapa mang ya batlang ho sireletsa bophelo ba hae, o tla fellwa ke bona. Empa mang kapa mang ya shwellang ho ba molatedi wa ka le ho amohela molaetsa wa Modimo o tla phela hape.+ 36 Ha e le hantle motho o tla fumana molemo ofe ha a rua lefatshe lohle empa a lahlehelwa ke bophelo ba hae?+ 37 Motho a ka reka bophelo ba hae ka eng?+ 38 Etswe mang kapa mang ya ntshwabelang le ya swabelang ditaba tsa ka molokong ona o sa tshepahaleng* le o nang le sebe, Mora motho le yena o tla mo swabela+ ha a tla ka kganya ya Ntate wa hae a ena le mangeloi a halalelang.”+

9 Jesu a boela a re ho bona: “Ka nnete ke re ho lona, ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba shwa pele ba bona Mmuso wa Modimo o se o qadile ho busa ka matla.”+ 2 Matsatsi a tsheletseng ha morao, Jesu a tsamaya le Petrose, Jakobo le Johanne mme a nyolohela le bona ba le bang thabeng e phahameng. Tjhebahalo ya hae ya fetoha ba ntse ba mo shebile.+ 3 Diaparo tsa hae tsa kganya haholo tsa eba tshweu. Ha ho na mang kapa mang lefatsheng ya neng a ka hlatswa diaparo hore di be tshweu jwalo. 4 Hape Moshe le Elia ba hlaha mme ba ne ba buisana le Jesu. 5 Yaba Petrose o re ho Jesu: “Rabi, ke hantle hore ebe re mona. Jwale a re hlomeng ditente tse tharo, e nngwe e be ya hao, e nngwe e be ya Moshe, e nngwe e be ya Elia.” 6 Ha e le hantle, o ne a sa tsebe hore na a reng ka ha ba ne ba tshohile haholo. 7 Ha eba le leru le ba kwahelang yaba lentswe+ le hlaha ho lona le re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang.+ Mo mameleng.”+ 8 Yaba ba a qamaka, ba bona Jesu a setse a le mong feela.

9 Ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laela hore ba se ke ba bolella mang kapa mang hore na ba boneng+ ho fihlela Mora motho a tsohile bafung.+ 10 Ba ile ba mamela taelo eo* empa ba buisana ka hore na ho tsoha bafung hona ho bolelang. 11 Ba re ho Jesu: “Ke hobaneng ha bangodi ba re Elia+ o tla tla pele?”+ 12 A re ho bona: “Ehlile Elia o tla pele mme o busetsa dintho tsohle madulong.+ Empa ho tla jwang hore ebe ho ngotswe ka Mora motho hore o tla hloriswa hampe+ le ho tellwa?+ 13 Empa ke re ho lona, Elia+ o se a tlile mme ba ile ba mo etsa dintho tseo ba di batlang feela jwalo ka ha ho ngotswe ka yena.”+

14 Ha ba fihla ho barutuwa ba bang, ba bona letshwelehadi le ba bokanetse, le bangodi ba ne ba le teng ba pheha kgang le bona.+ 15 Empa hang ha batho kaofela ba bona Jesu, ba makala mme ba mathela ho yena ho mo dumedisa. 16 Yaba o re: “Le tsekang?” 17 E mong hara letshwele a re: “Mosuwe, ke tlisitse mora wa ka ho wena hobane o na le modemona ya etsang hore a se ke a kgona ho bua.+ 18 Neng kapa neng ha modemona eo a mo hlasela, o mo tabanya fatshe ebe mora wa ka o ntsha makweba ka hanong, o tsikitlanya meno ebe o fellwa ke matla. Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba ntshe modemona eo empa ha ba a ka ba kgona.” 19 Ha Jesu a araba a re: “Lona moloko o se nang tumelo,+ ke tla dula le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neng? Mo tliseng kwano.”+ 20 Ka hoo, ba tlisa moshanyana eo ho yena. Empa ha modemona a bona Jesu, hanghang a tsitsipanya ngwana eo. Ka mora hore a wele fatshe a nna a pitika, a kgethetsa makweba. 21 Yaba Jesu o botsa ntate wa moshanyana o re: “Ke nako e kae a le tjee?” A re: “Haesale a le tjena ho tloha bongwaneng. 22 Hangata o ne a mo lahlela mollong le ka metsing e le hore a mo bolaye. Empa haeba ho na le ntho eo o ka e etsang, re hauhele mme o re thuse.” 23 Jesu a re ho yena: “Ke hobaneng ha o re: ‘Haeba’? Dintho tsohle di a kgoneha bakeng sa motho ya nang le tumelo.”+ 24 Hanghang ntate wa ngwana a hweletsa a re: “Ke na le tumelo! Ke kopa o nthuse moo e haellang.”+

25 Ha Jesu a hlokomela hore letshwele le ne le tla ho bona le potlakile, a kgalemela modemona a re ho yena: “Wena modemona ya etsang hore motho a se ke a kgona ho bua le ho utlwa, ke o laela hore o tswe ho yena mme o se ke wa hlola o kena ho yena.”+ 26 Ka mora hore modemona eo a mo tsitsipanye hangata, a hweletsa yaba o a tswa. Ngwana eo a bonahala eka o shwele hoo boholo ba batho ba neng ba re: “O shwele!” 27 Empa Jesu a mo tshwara ka letsoho a mo phahamisa, yaba o a ema. 28 Ka hoo, ha a se a kene ka tlung barutuwa ba hae ba mo botsa moo ba leng bang ba re: “Ke hobaneng ha re ile ra sitwa ho o leleka?”+ 29 A re ho bona: “Mofuta ona o ka ntshwa feela ka thapelo.”

30 Ba tloha moo, ba phunyeletsa le Galilea empa o ne a sa batle hore batho ba tsebe hore na o hokae 31 hobane o ne a batla ho ruta barutuwa ba hae. O ile a re ho bona: “Mora motho o tlo rekiswa* ebe ho fanwa ka yena matsohong a batho. Ba tla mo bolaya+ ebe o tsoha ka mora matsatsi a mararo.”+ 32 Ba ne ba sa utlwisise hore na o reng empa ba ne ba tshaba ho mo botsa.

33 Ba fihla Kapernauma. Ha a le ka tlung a re ho bona: “Le ne le tsekang tseleng?”+ 34 Ba thola hobane ha ba le tseleng ba ne ba phehile kgang ka hore na ke mang e moholo. 35 Ka hoo, a dula fatshe mme a bitsa baapostola ba 12 yaba o re ho bona: “Haeba mang kapa mang a batla ho ba wa pele, e be wa ho qetela ho bohle le mosebeletsi wa bohle.”+ 36 A nka ngwana e monyenyane, a mo emisa ka pela bona mme a beha matsoho mahetleng a hae yaba o re ho bona: 37 “Mang kapa mang ya amohelang ngwana e monyenyane+ jwalo ka enwa ka lebaka la lebitso la ka, le nna o a nkamohela. Mang kapa mang ya nkamohelang o amohela le ya nthomileng.”+

38 Johanne a re ho yena: “Mosuwe, re bone motho e mong a leleka bademona ka lebitso la hao mme ra leka ho mo thiba hobane o ne a sa re latele.”+ 39 Empa Jesu a re: “Le se ke la leka ho mo thiba hobane ha ho na motho ya ka etsang mohlolo ka lebitso la ka ebe hanghang ka mora moo o mpua hampe 40 ka ha mang kapa mang ya seng kgahlanong le rona o eme le rona.+ 41 Mang kapa mang ya le fang metsi hore le nwe hobane le le ba Kreste,+ ka nnete ke a le bolella, jwang kapa jwang o tla putswa.+ 42 Empa mang kapa mang ya etsang hore e mong wa ba banyenyane bana ba nang le tumelo a lahle tumelo ya hae,* ho ka ba molemo haholo hore lelwala le leholo* le tlamellwe molaleng wa hae ebe o lahlelwa ka lewatleng.+

43 Haeba letsoho la hao le etsa hore o etse sebe,* o le kgaole. Ho molemo hore o fumane bophelo o holofetse ho ena le hore o kene Gehena* mollong o ke keng wa tingwa, o ena le matsoho a mabedi.+ 44 *—— 45 Haeba leoto la hao le etsa hore o etse sebe,* o le kgaole. Ho molemo hore o fumane bophelo o qhwadile ho ena le hore o lahlelwe Gehena* o ena le maoto a mabedi.+ 46 *—— 47 Haeba leihlo la hao le etsa hore o etse sebe,* o le lahlele hole.+ Ho molemo hore o kene Mmusong wa Modimo o ena le leihlo le le leng ho ena le hore o lahlelwe Gehena* o ena le mahlo a mabedi.+ 48 Moo diboko* ha di shwe le mollo ha o time.+

49 Etswe e mong le e mong o lokela ho nokwa ka mollo jwalo ka ha letswai le noka dijo.+ 50 Letswai le molemo empa haeba le tapa, le ka le noka kang hore le be le tatso hape?+ Le be le letswai ka ho lona+ mme le boloke kgotso dipakeng tsa lona.”+

10 Jesu a tloha moo a ya meeding ya Judea ka mose ho Jordane. Letshwele la tla ho yena yaba o qala ho le ruta jwalo ka ha a ne a tlwaetse.+ 2 Bafarisi ba tla ho yena ba ikemiseditse ho mo leka mme ba mo botsa hore na molao o dumella monna ho hlala mosadi.+ 3 A ba araba a re: “Moshe o itseng ho lona?” 4 Ba re: “Moshe o ile a dumella monna ho fa mosadi lengolo la tlhalo le ho mo hlala.”+ 5 Jesu a re ho bona: “O ile a le ngolla+ taelo ena hobane le le manganga+ 6 empa qalong ‘Modimo o bopile monna le mosadi.+ 7 Ka lebaka lena monna o tla siya ntate wa hae le mme wa hae+ 8 mme bobedi ba bona e tla ba nama e le nngwe’+ e leng hore ha ba sa le babedi empa e se e le nama e le nngwe. 9 Ka hona, ho se ke ha eba le motho ya arolang batho bao Modimo a ba kopantseng.”*+ 10 Ha ba le ka tlung, barutuwa ba qala ho mo botsa ka taba ena. 11 A re ho bona: “Mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae ebe o nyala e mong o a feba+ ebile o a mo sitelwa, 12 hape haeba mosadi a hlala monna wa hae ebe o nyalwa ke e mong, o a feba.”+

13 Batho ba tlisa bana ba banyenyane ho yena hore a ba hlohonolofatse* empa barutuwa ba ba kgalemela.+ 14 Ha Jesu a ba bona a halefa a re ho bona: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho nna. Le se ke la leka ho ba thiba hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba tshwanang le bona.+ 15 Ka nnete ke re ho lona, mang kapa mang ya sa amoheleng Mmuso wa Modimo jwalo ka ngwana e monyenyane ho hang a ke ke a kena ho wona.”+ 16 Yaba o haka bana bao mme o qala ho ba hlohonolofatsa ka ho ba beha matsoho.+

17 Yare ha a tsamaya, monna e mong a mo mathela yaba o kgumama ka pela hae o re: “Mosuwe ya molemo, ke etseng hore ke fumane bophelo bo sa feleng?”+ 18 Jesu a re ho yena: “Ke hobaneng ha o mpitsa ya molemo? Ha ho na motho ya molemo haese Modimo feela.+ 19 O tseba ditaelo tsena: ‘O se ke wa bolaya,+ o se ke wa feba,+ o se ke wa utswa,+ o se ke wa fana ka bopaki ba bohata+ kapa wa etsa bolotsana.+ O hlomphe ntate wa hao le mme wa hao.’”+ 20 Monna eo a re ho yena: “Mosuwe, haesale ke phetha ditaelo tsena ho tloha botjheng ba ka.” 21 Ha Jesu a mo sheba a utlwa a mo rata yaba o re ho yena: “Ho haella ntho e le nngwe ho wena: Tsamaya o rekise dintho tsa hao ebe o fa bafutsana tjhelete eo, jwale o tla ba le letlotlo lehodimong. Ka mora moo, o tle o be molatedi wa ka.”+ 22 Empa mantswe ao a mo nyahamisa yaba o tloha a saretswe hobane o ne a ruile haholo.+

23 Ka mora hore Jesu a qamake, a re ho barutuwa ba hae: “E tla ba ntho e thata hore barui ba kene Mmusong wa Modimo.”+ 24 Empa barutuwa ba makatswa ke mantswe a hae. Yaba Jesu o re ho bona: “Metswalle,* ke ntho e thata ho kena Mmusong wa Modimo. 25 Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.”+ 26 Ba makala le ho feta mme ba re ho yena:* “Ebe ke mang ya ka pholohang?”+ 27 Jesu a ba sheba yaba o re: “Ho batho ho ke ke ha kgoneha empa ho Modimo ha ho jwalo hobane dintho tsohle di a kgoneha ho Modimo.”+ 28 Petrose a re: “Bona, re siile dintho tsohle mme ra o latela.”+ 29 Jesu a re: “Ka nnete ke re ho lona, e mong le e mong ya siileng ntlo, bana babo, mme, ntate, bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo+ 30 o tla fumana matlo, bana babo, bomme, bana le masimo halekgolo hona jwale, a boele a fumane mahloriso.+ Lefatsheng le letjha le tlang,* o tla fumana bophelo bo sa feleng. 31 Empa ba bangata ba pele e tla ba ba ho qetela mme ba ho qetela e be ba pele.”+

32 Jwale ha ba le tseleng e nyolohelang Jerusalema, Jesu o ne a tsamaya ka pela bona. Ba ile ba makala, athe ba neng ba ba setse morao bona ba tshoha. A boela a nkela barutuwa ba 12 ka thoko mme a qala ho ba bolella dintho tse neng di le haufi le ho mo etsahalla a re:+ 33 “Re nyolohela Jerusalema mme ba tla nehelana ka Mora motho ho baprista ba baholo le bangodi. Ba tla mo ahlolela lefu, ba nehelane ka yena ho baditjhaba, 34 ba mo some, ba mo tshwele ka mathe, ba mo shape ba be ba mo bolaye. Empa o tla tsoha ka mora matsatsi a mararo.”+

35 Jakobo le Johanne, bara ba Zebedea,+ ba ya ho yena mme ba re: “Mosuwe, re kopa o re etsetse eng kapa eng eo re o kopang yona.”+ 36 A re ho bona: “Le batla hore ke le etsetseng?” 37 Ba re: “Re dumelle hore re dule le wena Mmusong wa hao,* e mong a dule ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letshehadi.”+ 38 Empa Jesu a re ho bona: “Ha le tsebe hore na le kopang. Na le ka nwa ntho eo ke e nwang, kapa la kolobetswa ka kolobetso eo ke kolobetswang ka yona?”+ 39 Ba re ho yena: “Re ka e nwa.” Yaba Jesu o re ho bona: “Ntho eo ke e nwang le tla e nwa mme kolobetso eo ke kolobetswang ka yona le tla kolobetswa ka yona.+ 40 Empa ha se nna ya kgethang hore na ke mang ya tla dula ka letsohong la ka le letona kapa le letshehadi. Ke Ntate ya kgethang.”

41 Ha barutuwa ba bang ba leshome ba utlwa taba ena, ba halefela Jakobo le Johanne.+ 42 Empa Jesu a ba bitsetsa ho yena a re: “Le a tseba hore batho ba nkwang e le babusi ba ditjhaba ba di tshwara ka thata le banna ba baholo ba a di hatella.+ 43 Lona ha le a lokela ho etsa jwalo empa ya batlang ho ba moholo hara lona e lokela ho ba mosebeletsi wa lona.+ 44 Ya batlang ho ba wa pele hara lona e lokela ho ba mohlanka wa bohle. 45 Etswe esita le Mora motho ha a ka a tlela ho sebeletswa empa o tletse ho sebeletsa+ le ho fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.”+

46 Yaba Jesu le barutuwa ba hae ba kena Jeriko. Ha ba tswa Jeriko ba ena le letshwele le leholo, Bartimiase (mora wa Timiase) e leng monna wa mokopakopa ya sa boneng, o ne a dutse pela tsela.+ 47 Ha a utlwa hore Jesu wa Monazaretha o a feta, a hweletsa a re: “Jesu, Mora wa Davida,+ nkgauhele!”+ 48 Yaba batho ba bangata ba a mo kgalemela ba re a thole empa a nna a hweletsa le ho feta a re: “Mora wa Davida, nkgauhele!” 49 Ka hoo, Jesu a ema mme a re: “Ereng a tle.” Yaba ba bitsa monna eo ba re ho yena: “Eba sebete! Ema, o a o bitsa.” 50 A lahla seaparo sa hae, a ema kapele a ya ho Jesu. 51 Jesu a re ho yena: “O batla hore ke o etsetseng?” Monna eo a re ho yena: “Rabboni,* ere ke boele ke bone.” 52 Yaba Jesu o re ho yena: “Tsamaya. Tumelo ya hao e o fodisitse.”+ Hanghang a boela a bona+ mme a qala ho mo latela.

11 Ha ba le haufi le Jerusalema, ba fihla Thabeng ya Mehlwaare moo Bethefage le Bethani+ di leng hona teng yaba Jesu o roma barutuwa ba babedi+ 2 mme a re ho bona: “Tsamayang le kene motsaneng wane o ka pela lona. Hang ha le fihla le tla fumana petsana ya tonki e tlanngweng. Ke petsana e eso palangwe ho hang, le e tlamolle le e tlise kwano. 3 Haeba mang kapa mang a re ho lona: ‘Ke hobaneng ha le etsa tjee?’ Le re: ‘Morena o a e hloka mme o tla e kgutlisetsa mona hanghang.’” 4 Ka hoo, ba tloha mme ba fumana petsana ya tonki e tlanngwe monyako wa ntlo e pela tsela yaba ba a e fasolla.+ 5 Empa batho ba bang ba emeng moo ba re ho bona: “Le etsang ha le fasolla petsana eo?” 6 Ba ba araba jwalo ka ha Jesu a ne a ba laetse mme ba ba tlohela hore ba tsamaye.

7 Ba tlisa petsana eo+ ho Jesu, ba beha diaparo tsa bona hodima yona yaba o a e palama.+ 8 Hape, batho ba bangata ba ala diaparo tsa bona ka tseleng. Ba bang bona ba nka makala ao ba neng ba a pomme masimong yaba ba a ala ka tseleng.+ 9 Ba tsamayang ka pele le ba tlang ka morao ba nna ba hweletsa: “Re rapella hore o mo pholose.+ Ho hlohonolofetse ya tlang ka lebitso la Jehova.*+ 10 Ho hlohonolofetse Mmuso o tlang wa ntate wa rona Davida!+ Re a rapela, mo pholose wena ya hodimo!” 11 Yaba o fihla Jerusalema, o ya ka tempeleng. A sheba dintho tsohle tse ka tempeleng empa ka ha nako e ne e se e ile, a tswa ho ya Bethani le baapostola ba 12.+

12 Letsatsing le hlahlamang ha ba tloha Bethani, a utlwa a lapile.+ 13 Ha a le hojana a bona sefate sa feie* se nang le makgasi yaba o ya ho sona ho bona hore na a ka fumana letho ho sona. Empa ha a fihla ho sona a fumana se sa beha e le makgasi feela ka ha e ne e se nako ya difeie. 14 Ka hoo, a re ho sona: “O se ke wa hlola o beha ditholwana le ka mohla.”+ Barutuwa ba hae ba ne ba mametse.

15 Ha ba fihla Jerusalema, Jesu a kena ka tempeleng a tebela bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng. A phethola le ditafole tsa ba tjhentjhang tjhelete* le dibentjhe tsa ba rekisang maeba.+ 16 O ne a thibela batho ho paroletsa le tempeleng ba nkile thepa. 17 O ile a ruta batho a re ho bona: “Mangolo a re: ‘Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo bakeng sa ditjhaba tsohle’+ empa lona le e entse lehaha la mashodu.”+ 18 Baprista ba baholo le bangodi ba utlwa ka taba ena yaba ba qala ho batla hore na ba ka mo bolaya jwang+ hobane ba ne ba mo tshaba ka ha letshwele kaofela le ne le tsota thuto ya hae.+

19 Ba tswa motseng ha e eba mantsiboya. 20 Empa ha ba feta moo hoseng haholo, ba bona sefate sa feie se se se omeletse ho tloha metsong ya sona.+ 21 Petrose a se hopola yaba o re ho yena: “Rabi, bona! Sefate sa feie seo o ileng wa se rohaka se omeletse.”+ 22 Jesu a re ho bona: “Ebang le tumelo ho Modimo. 23 Ka nnete ke re ho lona mang kapa mang ya reng ho thaba ena: ‘Phahama o yo wela ka lewatleng’ mme a sa belaele ka pelong ya hae empa a ena le tumelo ya hore ntho eo a e buang e tla etsahala, e tla fela e etsahale.+ 24 Ka hoo, ke re ho lona, dintho tsohle tseo le di rapellang le ho di kopa, le be le tumelo ya hore le se le di fumane mme le tla ba le tsona.+ 25 Ha le rapela, le tshwarele mang kapa mang ya le sitetsweng e le hore Ntate wa lona ya leng mahodimong le yena a ka le tshwarela ditshito tsa lona.”+ 26 *——

27 Ba boela ba tla Jerusalema. Ha a ntse a tsamaya ka tempeleng, baprista ba baholo, bangodi le baholo ba tla ho yena 28 mme ba re: “Dintho tsee o di etsa ka matla afe? Hona ke mang ya o fileng matla a ho di etsa?”+ 29 Jesu a re ho bona: “Ke tla le botsa potso e le nngwe. Ha le ka nkaraba, ke tla le bolella hore na ke etsa dintho tsena ka matla afe. 30 Na ke Modimo* ya fileng Johanne+ matla a ho kolobetsa kapa o a filwe ke batho? Nkarabeng.”+ 31 Yaba ba a buisana ba re: “Haeba re re: ‘Ke Modimo,’ o tla re ho rona: ‘Jwale, ke hobaneng ha le sa ka la dumela ho yena?’ 32 Empa le teng re ke ke ra re: ‘O a filwe ke batho.’” Ba ne ba tshaba letshwele hobane kaofela le ne le nka hore ehlile Johanne e ne e le moprofeta.+ 33 Ka hoo, ba araba Jesu ba re: “Ha re tsebe.” Jesu a re ho bona: “Le nna nke ke ka le bolella hore na ke nka matla a ho etsa dintho tsena hokae.”

12 A ba etsetsa dipapiso a re: “Motho e mong o ne a lemme tshimo ya morara.+ A e kampela yaba o etsa sebaka seo a ka tlhotlelang morara ho sona, a haha le tora.+ A hirisetsa balemi tshimo eo yaba o etela hole.+ 2 Ha nako ya ho kotula e fihla, a roma lekgoba la hae ho balemi ho ya lata morara o mong ho bona. 3 Empa ba le kgakgatha yaba ba le kgutlisa le se na letho. 4 A roma lekgoba le leng hape, lona ba le otla hloohong mme ba le rohaka.+ 5 Yaba o roma le leng, lona ba le bolaya. A roma le a mang a mangata, ba kgakgatha a mang, a mang ba a bolaya. 6 Qetellong a roma mora wa hae eo a mo ratang+ a nahana hore ba tla hlompha mora wa hae. 7 Empa balemi bao ba buisana ba re: ‘Enwa ke yena mojalefa.+ A re mo bolayeng ebe re nka lefa la hae.’ 8 Ka hoo, ba mo tshwara, ba mo bolaya yaba ba mo lahlela ka ntle ho tshimo.+ 9 Monga tshimo eo o tla ba etsang? O tla ba bolaya ebe o hirisetsa balemi ba bang tshimo eo ya morara.+ 10 Na ha le eso bale Lengolo lee le reng: ‘Lejwe leo dihahi di le lahlileng le fetohile lejwe la sekgutlo la sehlooho.*+ 11 Lejwe lena le tswa ho Jehova* mme le letle haholo ho rona’?”+

12 Ba ne ba batla ho mo tshwara empa ba tshaba letshwele hobane ba ne ba tseba hore o bua ka bona ha a etsa papiso eo. Ka hoo, ba tsamaya.+

13 Ka mora moo, ba roma ba bang ba Bafarisi le balatedi ba Heroda ho yena hore ba mo tshware ka dipuo tsa hae.+ 14 Ha ba fihla ba re ho yena: “Mosuwe, re a tseba hore o na le nnete le hore ha o reke sefahleho sa mang kapa mang hobane ha o shebe ponahalo ya batho empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. Na ka molao* motho o lokela ho patala lekgetho ho Sesare kapa tjhe? 15 Re lefe kapa re se ke ra lefa?” Ha a lemoha boikaketsi ba bona a re ho bona: “Le ntekelang? Ntlisetseng denari* ke e bone.” 16 Ba e tlisa. A re ho bona: “Setshwantsho le mongolo oo ke tsa mang?” Ba re ho yena: “Ke tsa Sesare.” 17 Jwale Jesu a re: “Le fe Sesare dintho tsa hae+ le Modimo le mo fe tsa hae.”+ Yaba ba qala ho mo tsota.

18 Basaduse ba reng ha ho na tsoho ya bafu,+ ba tla ho yena ba re:+ 19 “Mosuwe, Moshe o ile a re ngolla molao o reng haeba motho a shwa a se na ngwana, ngwanabo o tla nyala mosadi wa hae e le hore a tle a mo etsetse bana.+ 20 Ho ne ho ena le bana ba motho ba supileng. Yaba wa pele o a nyala empa a shwa a se na bana. 21 Wa bobedi a mo kenela empa le yena a shwa a se na bana. Wa boraro le yena ka tsela e tshwanang. 22 Banna bao ba supileng kaofela ba ile ba shwa ba se na bana. Qetellong le mosadi eo a shwa. 23 Ha ba se ba tsositswe, mosadi eo e tla ba wa mang ho bao ba supileng hobane kaofela ba ile ba mo nyala?” 24 Jesu a re ho bona: “Le fositse hobane ha le tsebe Mangolo le hore na Modimo o matla hakae.+ 25 Ha batho ba se ba tsositswe bafung, ba ke ke ba nyala kapa ba nyalwa empa ba tla tshwana le mangeloi lehodimong.+ 26 Empa tabeng ya ho tsoswa ha bafu, na ha le a ka la bala bukeng ya Moshe moo ho buuwang ka sehlahla se meutlwa, hore Modimo o ile a re ho yena: ‘Ke nna Modimo wa Abrahama, Isaka le Jakobo’?+ 27 Yena ke Modimo wa ba phelang eseng wa bafu. Le fositse haholo.”+

28 E mong wa bangodi o ne a le teng a mametse ha ba ntse ba phehile kgang. Ka ha o ne a utlwile hore Jesu o ba arabile hantle, a re ho yena: “Taelo ya pele* ho tsohle ke efe?”+ 29 Jesu a re: “Ya pele ke ena: ‘Mamelang lona Baiseraele, Jehova* Modimo wa rona ke Jehova* a le mong. 30 O rate Jehova* Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, ka moya* wa hao wohle, ka kelello ya hao yohle le ka matla a hao ohle.’+ 31 Ya bobedi ke ena: ‘O rate moahisani wa hao jwalo ka ha o ithata.’+ Ha ho taelo e kgolo ho feta tsena.” 32 Mongodi eo a re ho yena: “Ke hantle Mosuwe, o bua nnete: ‘O Mong mme ha ho e mong ntle le yena.’+ 33 Hore motho a mo rate ka pelo yohle, ka kelello* yohle le ka matla ohle le hore a rate moahisani wa hae jwalo ka ha a ithata, ho bohlokwa haholo ho feta dinyehelo tsohle tsa setjheso le mahlabelo ohle.”+ 34 Ha Jesu a lemoha hore o arabile ka bohlale, a re ho yena: “Ha o hole le Mmuso wa Modimo.” Empa ha ho motho ya ileng a hlola a eba le sebete sa ho mo botsa potso e nngwe.+

35 Ha Jesu a ntse a ruta ka tempeleng, a re: “Ke hobaneng ha bangodi ba re Kreste ke mora wa Davida?+ 36 Moya o halalelang+ o ile wa susumelletsa Davida hore a re: ‘Jehova* o itse ho Morenaka: “Dula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha dira tsa hao tlasa maoto a hao.”’+ 37 Jwale Kreste ke mora wa Davida jwang+ empa Davida a mo bitsa Morena?”

Letshwele le leholo le ne le thabetse ho mo mamela. 38 Ha a ntse a ruta, a re: “Le hlokomele hore ho na le bangodi ba ratang ho dumediswa dimmarakeng le ho tsamaya ba apere diaparo tse telele.+ 39 Ba rata ho dula ditulong tse ka pele* ka matlung a thapelo* le ditulong tsa bahlomphehi meketeng.+ 40 Ba ikgapela matlo* a bahlolohadi hape ka boikaketsi ba etsa dithapelo tse telele. Ba tla fumana kahlolo e boima haholo.”

41 Yaba o dula fatshe moo a neng a ka bona mabokose* a tjhelete.+ A bona batho ba ntse ba tshela tjhelete ka moo, barui ba bangata ba ne ba tshela tjhelete e ngata ya tshepe.+ 42 Jwale ha tla mohlolohadi e mong ya futsanehileng. A tshela ditjheletana tse pedi tsa tshepe tsa boleng bo bonyenyane haholo.*+ 43 Jesu a bitsa barutuwa ba hae a re ho bona: “Ka nnete ke re ho lona mohlolohadi enwa wa mofutsana o tshetse tjhelete e fetang ya bohle ka mabokoseng.*+ 44 Etswe kaofela ba tshetse ho tswa tjheleteng ya bona e setseng empa yena le hoja e le mofutsana, o fane ka sohle seo a nang le sona, sohle seo a neng a ka phela ka sona.”+

13 Yare ha a tswa ka tempeleng e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: “Mosuwe, bona majwe ana le mehaho ena e metle hakaakang!”+ 2 Empa Jesu a re ho yena: “O a e bona mehaho ee e meholo? Majwe ohle a teng mona a tla heletswa. Ha ho lejwe le tla sala hodima le leng.”+

3 Yare ha a dutse Thabeng ya Mehlwaare moo a neng a ka bona tempele, Petrose, Jakobo, Johanne le Andrease ba mo botsa moo ba leng bang, ba re: 4 “Re bolelle, dintho tsee di tla etsahala neng? Hona re tla bona kang ha dintho tsee tsohle di tlo etsahala?”+ 5 Ka hoo, Jesu a re ho bona: “Itlhokomeleng hore ho se ke ha eba le motho ya le kgelosang.+ 6 Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka ba re: ‘Ke nna Kreste’ ebe ba kgelosa ba bangata. 7 Ho feta moo, ha le utlwela ka dintwa le ditlaleho tsa tsona, le se ke la tshoha. Dintho tsena di tla etsahala empa ha e eso be bofelo.+

8 Ditjhaba di tla lwantshana le mebuso e hlaselane.+ Ho tla ba le tlala+ le ditshisinyeho tsa lefatshe sebakeng se seng ka mora se seng. Dintho tsena ke qalo feela ya tlokotsi.+

9 Le itlhokomele. Batho ba tla le isa makgotleng a dibaka,+ ba le shapele ka matlung a thapelo*+ ba be ba le ise ka pela babusisi le marena ka lebaka la ka e le hore le ba bolelle ka tumelo ya lona.+ 10 Hape, ditaba tse monate tsa Mmuso di lokela ho bolelwa ditjhabeng tsohle pele.+ 11 Empa ha ba le isa ho ba boholong le se ke la tshwenyeha ka hore na le tla reng. Le bue eng kapa eng eo le tla susumetswa hore le e bue ka nako eo ka ha le ke ke la bua ka bolona empa moya o halalelang o tla le thusa ho bua.+ 12 Motho o tla fana ka ngwanabo hore a bolawe le ntate a fane ka ngwana wa hae hore a bolawe. Bana le bona ba tla tsohela batswadi matla ba be ba etse hore ba bolawe.+ 13 Batho bohle ba tla le hloya ka lebaka la lebitso la ka+ empa ya mameletseng ho fihlela qetellong+ ke yena ya tla pholoha.+

14 Le ha ho le jwalo, ha le bona ntho e nyonyehang le e senyang+ e le moo e sa tshwanelang ho ba teng, (ya balang boprofeta bona a bo utlwisise hantle) ba leng Judea ba balehele dithabeng.+ 15 Monna ya ka hodima ntlo a se ke a theoha ebe o kena ka tlung ya hae ho ya nka ntho le ha e le efe. 16 Le monna ya tshimong a se ke a kgutla ho ya nka seaparo sa hae. 17 Matsatsing ao baimana le batswetse ba tla ba madimabe.+ 18 Le nne le rapelle hore le se ke la tlameha ho baleha e le mariha 19 ka ha matsatsi ao e tla ba a mahlomola.+ A kang ona ha a eso be teng ho tloha ha Modimo a theha lefatshe ho fihlela jwale ebile ha a sa tla ba teng.+ 20 Ha e le hantle, hoja Jehova* ha a ka a fokotsa matsatsi ao, ha ho motho ya neng a tla pholoha. Empa o a fokoditse ka lebaka la bakgethwa ba hae.+

21 Haeba mang kapa mang a re ho lona: ‘Bonang, Kreste ke enwa’ kapa ‘Bonang, ke yane,’ le se ke la mo kgolwa.+ 22 Etswe ho tla hlaha bo Kreste le baprofeta ba bohata+ mme ba tla etsa mehlolo e le hore haeba ho kgoneha ba kgelose bakgethwa. 23 Ke le boleletse dintho tsohle esale pele, jwale le fadimehe.+

24 Empa ka mora mahlomola a matsatsi ao, letsatsi le tla fifala, kgwedi e ke ke ya kganya,+ 25 dinaledi di tla wa lehodimong le dintho tse mahodimong di sisinyehe. 26 Batho ba tla bona Mora motho+ a tla ka maru, matla a maholo le kganya.+ 27 O tla romela mangeloi mme a tla bokella bakgethwa ba hae ho tswa dikgutlong tse nne tsa lefatshe,* ho tloha pheletsong ya lefatshe ho ya pheletsong ya lehodimo.+

28 Ithuteng ka mohlala wa sefate sa feie.* Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala mme le hlahisa makgasi, le a tseba hore lehlabula le haufi.+ 29 Ka tsela e tshwanang le lona ha le bona dintho tsena di etsahala le tsebe hore o haufi, o eme monyako.+ 30 Ka nnete ke a le bolella hore dintho tsena tsohle di tla etsahala pele moloko ona o fela.+ 31 Lehodimo le lefatshe di tla nyamela+ empa mantswe a ka ona a tla ba teng ho ya ho ile.+

32 Ha ho ya tsebang letsatsi leo kapa hora. Mangeloi a mahodimong ha a le tsebe le Mora ha a le tsebe, ke Ntate feela ya le tsebang.+ 33 Le dule le hlaphohetswe le fadimehile+ ka ha ha le tsebe hore na nako e behilweng e tla fihla neng.+ 34 Ho tshwana le ha motho a etela hole ebe o siya ntlo ya hae bodiseng ba makgoba a hae.+ O fa lekgoba ka leng mosebetsi wa lona ebe o laela molebedi wa monyako hore a dule a fadimehile.+ 35 Ka hoo, le dule le fadimehile hobane ha le tsebe hore na mongantlo o tla neng,+ ebang ke mantsiboya, hara mpa ya bosiu, pele bosiu bo esa* kapa hoseng haholo+ 36 e le hore ha a fihla ka tshohanyetso, a se ke a fumana le robetse.+ 37 Empa seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle: Le dule le fadimehile.”+

14 Ho ne ho setse matsatsi a mabedi pele+ ho Paseka+ le Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso.+ Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba ntse ba batla hore na ba ka mo tshwara jwang ka bolotsana ebe ba a mo bolaya.+ 2 Ba ne ba re: “Re se ke ra mo tshwarela moketeng hobane batho ba ka nna ba etsa moferefere.”

3 Ha a le Bethani a ntse a ja ha Simone ya neng a kile a tshwarwa ke lepera, mosadi e mong a fihla a nkile botlolo ya alabastera e tshetseng oli e turu e nkgang ha monate, e le nareda ya nnete. A pshatla molomo wa botlolo eo yaba o tshela oli hloohong ya Jesu.+ 4 Balatedi ba bang ba Jesu ba ne ba halefile haholo yaba ba a botsana ba re: “Oli ee e senyetswang? 5 E ka be e rekisitswe ka didenari* tse ka hodimo ho 300 ebe tjhelete eo e fuwa bafutsana.” Ba ne ba kwatetse* mosadi eo haholo. 6 Empa Jesu a re: “Mo tloheleng. Ke hobaneng ha le mo nyahamisa? O nketseditse ntho e ntle.+ 7 Le tla dula le ena le bafutsana+ mme le ka ba thusa neng kapa neng ha le batla empa le ke ke la dula le ena le nna.+ 8 O entse seo a neng a ka se kgona, o tshetse mmele wa ka ka oli e nkgang ha monate e le ho ntokisetsa lepato esale pele.+ 9 Ka nnete ke re ho lona, kae kapa kae moo ditaba tsena tse monate tsa Mmuso wa Modimo di bolelwang teng lefatsheng lohle,+ ntho eo mosadi enwa a e entseng le yona e tla bolelwa e le hore a hopolwe ka yona.”+

10 E mong wa baapostola ba 12 ya bitswang Judase Iskariota a ya ho baprista ba baholo ho ba thusa ho tshwara Jesu.+ 11 Ha ba utlwa, ba thaba yaba ba mo tshepisa tjhelete ya silevera.+ Ka hoo, a nna a batla monyetla wa ho mo rekisa.*

12 Ka letsatsi la pele la Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso,+ ha ba etsa sehlabelo sa Paseka+ jwalo ka ha ba ne ba tlwaetse, barutuwa ba hae ba re ho yena: “O batla hore re o lokisetse ho jella Paseka hokae?”+ 13 Yaba o roma barutuwa ba hae ba babedi mme o re ho bona: “Ha le kena motseng, le tla kopana le monna ya jereng nkgo ya letsopa ya metsi. Le mo sale morao+ 14 ebe moo a tla kena teng le re ho mongantlo: ‘Mosuwe o re: “Kamore ya baeti eo nka jellang Paseka ho yona le barutuwa ba ka ke efe?”’ 15 O tla le bontsha kamore e kgolo e mokatong o ka hodimo, e nang le dintho tse hlokahalang. Le re lokisetse moo.” 16 Barutuwa ba kena motseng mme ba fumana ho le feela jwalo ka ha a ne a ba boleletse yaba ba lokisetsa Paseka.

17 Ka mora hore shwalane e tshware, a tla le barutuwa ba hae ba 12.+ 18 Ha ba ntse ba dutse tafoleng ba ja, Jesu a re: “Ka nnete ke a le jwetsa, e mong wa lona ya jang le nna o tlo nthekisa.”*+ 19 Ba sarelwa yaba e mong le e mong o re: “Na ke nna?” 20 A re ho bona: “Ke e mong wa lona ba 12 ya kenyang letsoho le nna ka sekotlolong.+ 21 Mora motho o tla shwa feela jwalo ka ha Mangolo a bolela empa ho madimabe motho ya mo rekisang.*+ Ho ka be ho bile molemo ha motho eo a ne a sa tswalwa.”+

22 Ha ba ntse ba ja, Jesu a nka bohobe, a rapela, a bo qhetsola yaba o ba fa bona mme o re: “Bo nkeng, bohobe bona bo emela mmele wa ka.”+ 23 A nka senwelo se tshetseng veine, a leboha Modimo, a ba fa sona yaba kaofela ba a nwa.+ 24 A re ho bona: “Veine ena e emela madi a ka+ e leng ‘madi a selekane’+ a tlang ho tshollwa molemong wa ba bangata.+ 25 Ka nnete ke a le bolella, nke ke ka hlola ke nwa veine ena hape ho fihlela letsatsing leo ka lona ke e nwang e le ntjha Mmusong wa Modimo.” 26 Ha ba qeta ho binela Modimo dithoriso,* ba tswa ba ya Thabeng ya Mehlwaare.+

27 Yaba Jesu o re ho bona: “Kaofela ha lona le tla ntahla* hobane Mangolo a re: ‘Ke tla otla modisa,+ dinku di qhalane.’+ 28 Empa ka mora hore ke tsoswe ke tla le etella pele ho kena Galilea.”+ 29 Empa Petrose a re ho yena: “Le haeba ba bang kaofela ba o lahla,* nna nke ke ka o lahla.”+ 30 Yaba Jesu o re ho yena: “Ka nnete ke re ho wena, bosiung bona pele mokoko o lla habedi, o tla be o ntatotse hararo.”+ 31 Empa a tiisa a re: “Le haeba nka lokela ho shwa le wena, ho hang nke ke ka o latola.” Ba bang kaofela le bona ba bua ntho e tshwanang.+

32 Ka hoo, ba tla sebakeng se bitswang Gethesemane mme a re ho barutuwa ba hae: “Dulang mona ha ke ntse ke rapela.”+ 33 A tsamaya le Petrose, Jakobo le Johanne+ yaba o qala ho sarelwa le ho kgathatseha ha bohloko. 34 A re ho bona: “Ke saretswe haholo+ hoo nka nnang ka shwa. Dulang mona le fadimehe.”+ 35 A ya pejana, a itihela fatshe yaba o rapella hore haeba ho kgoneha, nako eo e boima e mo fete. 36 A re: “Abba,* Ntate,+ dintho tsohle di a kgoneha ho wena. Tlosa senwelo sena ho nna. Empa ho ke ho etsahale thato ya hao eseng ya ka.”+ 37 A kgutlela ho barutuwa ba hae yaba o ba fumana ba robetse. A re ho Petrose: “Simone, o robetse? O ne o se na matla a ho dula o fadimehile hora e le nngwe feela?+ 38 Fadimehang mme le rapele le sa kgaotse e le hore le se ke la wela molekong.+ Ho hlakile hore pelo e na le tabatabelo empa nama e a fokola.”+ 39 A tloha hape ho ya rapela, a nna a bua mantswe a tshwanang.+ 40 A boela a tla, a ba fumana ba robetse hobane ba ne ba tshwerwe ke boroko. Yaba ha ba tsebe hore na ba ikarabella ka ho reng. 41 A kgutlela ho barutuwa ka lekgetlo la boraro yaba o re ho bona: “Ka nako ee le phomotse ebile le robetse? Tsohang. Nako ya hore Mora motho a nehellwe baetsadibe e fihlile.+ 42 Emang re tsamaye. Motho ya nthekisitseng o se a le haufi.”+

43 Ha a sa ntse a bua, Judase e leng e mong wa baapostola ba 12, a fihla le letshwele le leholo la batho ba nkileng disabole le melangwana ba tswa ho baprista ba baholo, bangodi le baholo.+ 44 Jwale Judase* o ne a itse ho bona: “Eo ke tla mo suna ke yena. Le mo tshware le etse bonnete ba hore ha a balehe.” 45 A ya a tobile ho Jesu a fihla a re ho yena: “Dumela Rabi!” Yaba o a mo suna. 46 Ka hoo, ba mo tshwara. 47 E mong wa ba neng ba eme haufi a tsomula sabole ya hae yaba o kgaola tsebe ya lekgoba la moprista ya phahameng.+ 48 Empa Jesu a re ho bona: “Na ke leshodu ha e le moo le tla le nkile disabole le melangwana ho tla ntshwara?+ 49 Ke ne ke dula ke ena le lona ka tempeleng letsatsi le letsatsi ke ruta+ empa ha le a ka la ntshwara. Le ha ho le jwalo, tsena tsohle di etsahetse hore Mangolo a phethahale.”+

50 Barutuwa kaofela ba mo siya ba baleha.+ 51 Ho ne ho ena le mohlankana e mong ya neng a tsamaela haufi, a apere seaparo sa line ya boleng bo botle mmeleng. Ba leka ho tshwara mohlankana eo 52 empa a siya seaparo sa hae a baleha a le feela.*

53 Ba isa Jesu ho moprista ya phahameng+ moo baprista ba baholo, bangodi le baholo kaofela ba neng ba bokane teng.+ 54 Empa Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla lebaleng la moprista ya phahameng. O ne a dutse le bahlanka ba ntlo a iphuthumaditse mollong.+ 55 Baprista ba baholo le ditho tsohle tsa Lekgotla le Phahameng la Bajuda* ba ne ba batla bopaki boo ba ka qosang Jesu ka bona e le hore ba mo bolaye. Empa ha ba a ka ba bo fumana.+ 56 Batho ba bangata ba ne ba fana ka bopaki ba bohata+ empa bopaki ba bona bo ne bo sa dumellane. 57 Ba bang ba ne ba ema mme ba fana ka bopaki ba bohata ba re: 58 “Re utlwile a re: ‘Ke tla heletsa tempele ena e hahuweng ka matsoho ebe ka mora matsatsi a mararo ke haha e nngwe e sa etswang ka matsoho.’”+ 59 Empa bopaki ba bona bo ne bo sa dumellane le tabeng ena.

60 Moprista ya phahameng a ema hara bona a re ho Jesu: “O ikarabella ka ho reng? Na o a utlwa hore na banna baa ba o qosa ka eng?”+ 61 Empa Jesu a thola tu!+ Moprista ya phahameng a boela a re ho yena: “Na ke wena Kreste Mora wa Modimo ya Halalelang?” 62 Jesu a re: “Ke yena. Lona le tla bona Mora motho+ a dutse ka letsohong le letona+ la Modimo ya matla mme a tla ka maru.”+ 63 Yaba moprista ya phahameng o tabola diaparo tsa hae o re: “Re sa hlokelang dipaki tse ding?+ 64 Le ikutlwetse ha a rohaka Modimo. Lona le reng?” Kaofela ba re a bolawe.+ 65 Ba bang ba mo tshwela ka mathe,+ ba mo kwahela sefahleho, ba mo otla ka ditebele yaba ba re ho yena: “Profeta!” Bahlanka ba lekgotla ba mo otla lerameng yaba ba a mo nka.+

66 Ha Petrose a ntse a le tlase lebaleng, e mong wa banana ba sebeletsang moprista ya phahameng a tla.+ 67 Ha a bona Petrose a iphuthumaditse mollong, a mo sheba mme a re: “Le wena o ne o ena le Jesu enwa wa Monazaretha.” 68 Empa a hana a re: “Ha ke mo tsebe ebile ha ke tsebe hore na o bua kang.” Yaba Petrose o ya keiting. 69 Ngwanana e mong a mo bona hape. A re ho ba emeng haufi le moo: “E mong wa bona ke enwa.” 70 A boela a itatola. Ka mora nakwana, ba emeng haufi le moo ba re ho Petrose: “Ka nnete o e mong wa bona hobane hantlentle o Mogalilea.” 71 Empa a hlapanya a re: “Motho enwa eo le buang ka yena ha ke mo tsebe.” 72 Hanghang mokoko wa lla lekgetlo la bobedi+ mme Petrose a hopola hore Jesu o ile a re: “Pele mokoko o lla habedi, o tla be o ntatotse hararo.”+ A sitwa ho ithiba yaba o lla ha bohloko.

15 Hang ha mafube a hlaha, ditho tsohle tsa Lekgotla le Phahameng la Bajuda* e leng baprista ba baholo, bangodi le baholo ba buisana, ba fasa Jesu ba mo kganna yaba ba mo isa ho Pilato.+ 2 Ka hoo, Pilato a re ho yena: “Na o Morena wa Bajuda?”+ Jesu a re: “E, ke yena.”*+ 3 Yaba baprista ba baholo ba qala ho qosa Jesu ka dintho tse ngata. 4 Pilato a mo botsa hape a re: “O ikarabella ka ho reng?+ Na o a utlwa hore na ba o qosa ka dintho tse ngata hakae?”+ 5 Jesu ha a ka a re letho yaba Pilato o a makala.+

6 Ha e le Paseka, Pilato o ne a tlwaetse ho lokollela setjhaba motshwaruwa eo se mo batlang.+ 7 Ka nako eo, monna ya bitswang Barabase o ne a kentswe teronkong le ba bang ba neng ba fetohetse mmuso ba bile ba bolaile batho. 8 Batho ba fihla mme ba kopa Pilato hore a ba etsetse ka moo a tlwaetseng ho ba etsetsa ka teng. 9 Pilato a re: “Le batla ke le lokollele Morena wa Bajuda?”+ 10 Pilato o ne a bona hore baprista ba baholo ba tlisitse Jesu ho yena hobane ba le mona.+ 11 Empa baprista ba baholo ba susumeletsa setjhaba ho kopa hore ho lokollwe Barabase eseng Jesu.+ 12 Pilato a re: “Jwale ke etseng ka enwa eo le reng ke Morena wa Bajuda?”+ 13 Ba hweletsa ba re: “Ha a kgokgothelwe palong!”*+ 14 Empa Pilato a re ho bona: “Hobaneng, o entseng e mpe?” Empa ba hweletsa le ho feta ba re: “Ha a kgokgothelwe palong!”*+ 15 Ka ha Pilato o ne a batla ho ba kgotsofatsa, a ba lokollela Barabase empa a laela hore Jesu a shapuwe ka sephadi+ mme a fana ka yena hore a kgokgothelwe palong.*+

16 Masole a mo isa ka lebaleng ha mmusisi mme a bokella sehlopha sohle sa masole.+ 17 Yaba a mo apesa seaparo se pherese, a loha korone ka meutlwa a mo rwesa yona. 18 Masole ao a re ho yena: “Dumela, wena Morena wa Bajuda!”+ 19 Hape, a ne a mo otla hloohong ka lehlaka, a mo tshwela ka mathe ebe a a mo kgumamela.* 20 Ha a qeta ho mo soma, a mo hlobodisa seaparo se pherese, a mo apesa diaparo tsa hae mme a mo etella pele hore a yo kgokgothelwa palong.+ 21 Monna e mong wa Saerene ya bitswang Simone ya tswang mahaeng, ntate wa Alexandere le Rufase, o ile a feta yaba masole ao a mo qobella ho jara palo eo Jesu a neng a tlo kgokgothelwa ho yona.*+

22 Masole a tlisa Jesu Golgotha, eo ha e fetolelwa e bolelang Sebaka sa Lehata.+ 23 A leka ho mo fa veine e tswakilweng le sethethefatsi sa mira+ empa ha a ka a e nwa. 24 A mo kgokgothela palong yaba a aba diaparo tsa hae ka ho lahla lotho.+ 25 Masole ao a mo kgokgothela palong hoo e ka bang ka hora ya borobong hoseng.* 26 Boto e ngotsweng hore na o qoseditswe eng e ne e re: “Morena wa Bajuda.”+ 27 Hape masole ao a kgokgothela mashodu a mabedi dipalong pela hae, le leng ka ho le letona le leng ka ho le letshehadi.+ 28 *—— 29 Batho ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba sisinya dihlooho+ ba re: “Halala! O itse o tla heletsa tempele o be o e hahe ka matsatsi a mararo.+ 30 Theoha palong eo o kgokgothetsweng ho yona o ipholose.” 31 Baprista ba baholo le bangodi le bona ba mo soma ba re: “O pholositse ba bang, yena o sitwa ho ipholosa.+ 32 Jwale haeba ke Kreste Morena wa Iseraele, ha a theohe palong eo a kgokgothetsweng ho yona re bone, re tsebe ho dumela.”+ Esita le ba neng ba kgokgothetswe dipalong pela hae ba ile ba mo rohaka jwalo.+

33 Ka 12 motshehare* lefifi la aparela naha yohle ka dihora tse tharo.*+ 34 Ka hora ya boraro mantsiboya* Jesu a hweletsa a re: “Eli, Eli, lama sabakthani?” e bolelang: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng?”+ 35 Ha batho ba emeng moo ba utlwa a tjho jwalo ba re: “Utlwang, o bitsa Elia.” 36 Empa motho e mong a matha, a kenya sepontjhe ka hara veine e bodila, a se hloma lehlakeng yaba o a mo fa hore a nwe+ a re: “Mo tloheleng re bone hore na Elia o tla tla a mo theola.” 37 Empa Jesu a hweletsa yaba o a shwa.*+ 38 Kgaretene ya sehalalelo+ ya taboha ka lehare ho tloha hodimo ho ya tlase.+ 39 Ha molaodi wa sesole ya neng a eme haufi le Jesu a bona dintho tse ileng tsa etsahala ha Jesu a shwa a re: “Ka nnete monna enwa e ne e le Mora Modimo.”+

40 Hape ho ne ho ena le basadi ba neng ba shebeletse ba le hojana. Hara bona ho ne ho ena le Salome, Maria Magdalena le Maria mme wa Jakobo e Monyenyane le Jose.+ 41 Ha a ne a le Galilea ba ne ba tlwaetse ho tsamaya le yena le ho mo sebeletsa.+ Ho ne ho boetse ho ena le basadi ba bang ba bangata ba neng ba nyolohetse Jerusalema le yena.

42 E ne e le motshehare wa mantsiboya, ho itokisetswa letsatsi le hlahlamang e leng la Sabatha. 43 Ka hona, Josefa wa Arimathea a ba sebete a ya ka pela Pilato mme a kopa setopo sa Jesu.+ E ne e le setho sa Lekgotla se hlomphehang hape a lebeletse Mmuso wa Modimo. 44 Empa Pilato o ne a sa kgolwe hore o se a shwele. Ka hoo, a bitsa molaodi wa sesole a mo botsa hore na o se a shwele. 45 Ka hoo, ha a se a kgodisehile hore o shwele, a fa Josefa setopo. 46 Ho feta moo, Josefa a reka lesela la line ya boleng bo botle, a theola setopo sa Jesu palong, a se phuthela ka lesela leo la line yaba o se beha ka lebitleng+ le neng le tjhekilwe lefikeng. A beha lejwe monyako wa lebitla.+ 47 Empa Maria Magdalena le Maria mme wa Jose ba sala ba shebile lebitla la Jesu.+

16 Ha Sabatha+ e fetile, Salome, Maria Magdalena le Maria+ mme wa Jakobo, ba reka dioli tse nkgang ha monate e le hore ba tlotse setopo sa Jesu.+ 2 Ka letsatsi la pele la beke, ba tla lebitleng hoseng haholo ha letsatsi le qeta ho tjhaba.+ 3 Ba ne ba buisana ba re: “Ebe ke mang ya tla re tlosetsa lejwe monyako wa lebitla?” 4 Empa ha ba sheba lebitla ba bona lejwe leo le tlositswe le hoja le ne le le leholo haholo.+ 5 Eitse ha ba kena ka lebitleng, ba tshoha haholo hobane ba ile ba bona mohlankana e mong ya apereng diaparo tse telele tse tshweu a dutse ka lehlakoreng le letona. 6 Mohlankana eo a re ho bona: “Le se ke la tshoha,+ ke a tseba hore le batla Jesu wa Monazaretha ya ileng a kgokgothelwa palong. O tsositswe,+ ha a yo mona. Bonang moo a neng a robetse teng.+ 7 Eyang ho Petrose le barutuwa ba bang ba Jesu le re ho bona: ‘O se a ntse a le tseleng e yang Galilea.+ Le tla mo fumana moo feela jwalo ka ha a ile a le bolella.’”+ 8 Ka hoo, ba tswa lebitleng ba matha, ba thothomela ba bile ba maketse. Ha ba a ka ba re letho ho mang kapa mang hobane ba ne ba tshohile.*+

Ka Segerike: “ka pela sefahleho sa hao.”

Sheba Ntlha ya A5.

Kapa: “ina; tipa.”

Ka Segerike: “meqathatso.”

Ke dinete tse tshwasang ditlhapi.

Ka Segerike: “sinagogeng.”

Ka Segerike: “sinagogeng ya bona.”

Kapa: “thuto e ntjha.”

Ka Segerike: “sinagogeng.”

E leng mme wa mosadi wa Simone.

Kapa mohlomong: “hore na ke mang.”

Ka Segerike: “disinagogeng tsa bona.”

Ka Segerike: “Ngwana.”

Ka Segerike: “moya wa hae wa mo lemosa.”

Mekotla ya letlalo e tshelang metsi.

Ka Segerike: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bohobe ba nyehelo.”

Ka Segerike: “sinagogeng.”

Kapa: “shweleng.”

Kapa: “shweleng.”

Kapa: “ya tjhesehang.”

Kapa: “eka.”

Lebitso le leng leo Satane a bitswang ka lona.

Ka Segerike: “ntlo.”

Ka Segerike: “sebe se sa feleng.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “thetso ya maruo.”

Ka Segerike: “ka sekepeng, feela jwalo ka ha a ne a le ka ho sona.”

Kapa: “le boi.”

Sheba Ntlha ya A5.

Kapa: “metse e leshome.”

Ka Segerike: “sinagoge.”

Kapa: “o a shwa.”

Ka Segerike: “Moradi.”

Ka Segerike: “sinagoge.”

Ka Segerike: “sinagoge.”

Kapa: “Kgaotsa ho tshoha.”

Ka Segerike: “sinagoge.”

Kapa: “ka thata.”

Ka Segerike: “sinagogeng.”

Ka Segerike: “koporo.”

Ka Segerike: “meqathatso.”

Kapa: “diaparo tse pedi.”

Ka Segerike: “hore e be bopaki ho bona.”

Kapa: “ba otlileng ka lehlakore tafoleng.”

Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “mohlweng.”

Ka Segerike: “ka tebelo ya bone ya bosiu,” hoo e ka bang ka hora ya boraro hoseng ho fihlela letsatsi le tjhaba ka hora ya botshelela hoseng.

Kapa: “a le haufi le ho.”

Kapa: “Ke pono.”

Kapa: “ya ba lakaletsang bomadimabe.”

Sheba Ntlha ya A3.

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “boitshwaro bo hlabisang dihlong.” Ka Segerike ke a·sel′gei·a. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ya hlahetseng.”

Kapa: “metse e leshome.”

Kapa: “dibaskete tsa mofaho.”

Kapa: “dibaskete tsa mofaho.”

Ka Segerike: “tshwela.”

Ka Segerike: “Suthela ka mora ka.”

Ka Segerike: “a nke palo ya hae ya tlhokofatso.” Sheba Tlhaloso ya Palo.

Ka Segerike: “o febang.”

Kapa mohlomong: “Ha ba a ka ba bolella mang kapa mang ka taba eo.”

Kapa: “ekwa.”

Ka Segerike: “a kgoptjwe.”

Kapa: “lelwala le sothwang ke tonki.”

Ka Segerike: “kgoptjwe.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ya A3.

Ka Segerike: “kgoptjwe.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ya A3.

Ka Segerike: “kgoptjwe.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “tshenyane.”

Ka Segerike: “kopantseng ha mmoho jokong.”

Ka Segerike: “behe matsoho.”

Ka Segerike: “Bana.”

Kapa mohlomong: “ba buisana ba re.”

Kapa: “Mehleng e tlang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “kganyeng ya hao.”

E bolelang “Mosuwe.”

Sheba Ntlha ya A5.

Kapa: “feiga.”

Ke batho ba tjhentjhang ditjhelete ba batla phaello.

Sheba Ntlha ya A3.

Ka Segerike: “lehodimo.”

Kapa: “la bohlokwa.” Ka Segerike: “hlooho ya sekgutlo.”

Sheba Ntlha ya A5.

Kapa: “nepo.”

Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “e bohlokwa haholo.”

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Ntlha ya A5.

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “kutlwisiso.”

Sheba Ntlha ya A5.

Kapa: “tse hlomphehang.”

Ka Segerike: “disinagogeng.”

Kapa: “thepa.”

Kapa: “matlole a polokelo.”

Ka Segerike: “dileptone tse pedi. Di lekana le kwaterane.” Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “ka matloleng a polokelo.”

Ka Segerike: “disinagogeng.”

Sheba Ntlha ya A5.

Ka Segerike: “meyeng e mene.”

Kapa: “feiga.”

Ka Segerike: “ha mokoko o lla.”

Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “omanya.”

Kapa: “wa ho mo eka.”

Kapa: “nkeka.”

Kapa: “ekang.”

Kapa: “difela; dipesaleme.”

Ka Segerike: “kgoptjwa.”

Ka Segerike: “kgoptjwa.”

Ke lentswe la Seheberu kapa la Searame le bolelang “Ntate.” Ke tsela eo ngwana a bitsang ntate wa hae ka yona.

Ka Segerike: “moeki wa hae.”

Kapa: “a apere ha bobebe; a apere seaparo sa ka hare feela.”

Ka Segerike: “Sanhedrine.”

Ka Segerike: “Sanhedrine.”

Ka Segerike: “Ke wena ya tjhong.” Ke mokgabopuo o bontshang ho dumela.

Kapa: “bolaelwe palong.”

Kapa: “bolaelwe palong.”

Kapa: “a bolaelwe palong.”

Kapa: “inamela.”

Kapa: “palo eo batho ba hlokofaletswang ho yona.” Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “hora ya boraro.”

Sheba Ntlha ya A3.

Ka Segerike: “Ka hora ya botshelela.”

Ka Segerike: “ho fihlela ka hora ya borobong.”

Ka Segerike: “hora ya borobong.”

Kapa: “o nehela moya.”

Ho ya ka dibuka tsa kgale tse tsheptjwang, Kosepele ya Mareka e fella ka mantswe a temana ya borobedi. Sheba Ntlha ya A3.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share