SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 13
PINA YA 127 Ke Tshwanetse ho ba Motho wa Mofuta Ofe?
Kgodiseha Hore o Kgahlisa Jehova
‘O a nkgahlisa.’—LUKA 3:22.
NTLHAKGOLO
O ka kgodiseha jwang hore o kgahlisa Jehova?
1. Ke potso efe eo bahlanka ba bang ba tshepahalang ba Jehova ba ka nnang ba ipotsa yona?
HO A kgothatsa ho tseba hore Jehova o amohela batho ba hae e le sehlopha. Bibele e re: “Jehova o rata batho ba hae.” (Pes. 149:4) Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding batho ba bang ba ka nyahama hoo ba ka ipotsang potso ena: ‘Na Jehova o a nkamohela?’ Bahlanka ba bangata ba Jehova ba tshepahalang ba neng ba phela mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, ka dinako tse ding ba ne ba utlwa ho le thata ho dumela hore Jehova o a ba amohela.—1 Sam. 1:6-10; Jobo 29:2, 4; Pes. 51:11.
2. Ke batho ba jwang bao Jehova a ba amohelang?
2 Bibele e bontsha ka ho hlaka hore batho ba sa phethahalang ba ka kgahlisa Jehova. Jwang? Re lokela ho bontsha tumelo ho Jesu Kreste mme re kolobetswe. (Joh. 3:16) Ha re etsa jwalo, re tla be re bontsha batho ba bang hore re baketse dibe tsa rona le hore re tshepisitse Modimo ho etsa thato ya hae. (Dik. 2:38; 3:19) Jehova o a thaba ha re nka mehato ena e le hore re be le kamano e ntle le yena. Jehova o tla re amohela a be a re nke re le metswalle ya hae e haufi haeba re leka kahohle hore re phelele tshepiso eo re mo etseditseng yona ya ho mo sebeletsa.—Pes. 25:14.
3. Ke dipotso dife tse tharo tseo re tlo buisana ka tsona?
3 Empa ke hobaneng ha batho ba bang ka dinako tse ding ba utlwa eka Modimo ha a kgahliswe ke bona? Jehova o bontsha jwang hore o a re amohela, hona Mokreste a ka kgodiseha jwang hore Modimo o a mo amohela?
KE HOBANENG HA BATHO BA BANG BA KA UTLWA EKA JEHOVA HA A BA AMOHELE?
4, 5. Re ka kgodiseha ka eng le haeba re ikutlwa re se na thuso?
4 Bongata ba rona haesale re ikutlwa re se na thuso ho tloha ha re sa le bana. (Pes. 88:15) Morabo rona ya bitswang Adrián o re: “Haesale ke ikutlwa ke se na thuso. Ha ke sa le monyenyane, ke hopola ke rapella hore lelapa leso le tle le phele Paradeiseng le hoja nna ke ne ke kgodisehile hore ha ke tshwanelehe ho phela ho yona.” Tony eo batswadi ba hae e neng e se Dipaki o re: “Ha ho mohla batswadi ba ka ba kileng ba mpolella hore ba a nthata kapa hore ba ikotla sefuba ka nna. Taba ena e ile ya etsa hore ke utlwe eka ha ho na ntho eo nka e etsang ho ba thabisa.”
5 Haeba ka dinako tse ding re utlwa eka ha re na thuso, re lokela ho hopola hore Jehova o re huletse ho yena. (Joh. 6:44) O bona makgabane a rona ao rona re ka nnang ra se ke ra a bona hape o tseba dipelo tsa rona. (1 Sam. 16:7; 2 Dikron. 6:30) Ka hoo, re ka mo tshepa ha a re re ba bohlokwa.—1 Joh. 3:19, 20.
6. Moapostola Pauluse o ne a ikutlwa jwang ka diphoso tsa hae tsa nakong e fetileng?
6 Ba bang ba rona pele re ithuta Bibele re entse dintho tse ka nnang tsa etsa hore re ikutlwe re le molato le hona jwale. (1 Pet. 4:3) Esita le Bakreste ba tshepahalang ba lwantshana le mefokolo e itseng. Na ka dinako tse ding o utlwa eka Jehova a ke ke a o tshwarela? Haeba ho jwalo, o ka tshediswa ke ho tseba hore bahlanka ba bang ba Jehova ba tshepahalang ba ile ba eba le maikutlo a tshwanang. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a utlwa bohloko ha a nahana ka mefokolo ya hae. (Bar. 7:24) Pauluse o ne a baketse dibe tsa hae a bile a kolobeditswe. Ho ntse ho le jwalo, o ile a re ha se “wa bohlokwa ka ho fetisisa hara baapostola” le hore ke moetsadibe “ya ka pelepele.”—1 Bakor. 15:9; 1 Tim. 1:15.
7. Re lokela ho hopola eng ka dibe tseo re di entseng nakong e fetileng?
7 Ntate wa rona ya lehodimong o tshepisa ho re tshwarela haeba feela re bakile. (Pes. 86:5) Ka hoo, haeba ka nnete re swabetse dibe tseo re di entseng, re ka tshepa hore Jehova o re tshwaretse jwalo ka ha a tshepisitse.—Bakol. 2:13.
8, 9. Ke jwang re ka hlolang boikutlo ba hore ha ho mohla re tla etsa ho lekaneng e le hore re thabise Jehova?
8 Kaofela ha rona re batla ho sebeletsa Jehova kahohle ka moo re ka kgonang. Le ha ho le jwalo, ba bang ba ka nna ba utlwa eka ha ho mohla ba tla etsa ho lekaneng hore Jehova a ba amohele. Moradi wa bo rona ya bitswang Amanda o re: “Ka mehla ke nahana hore ho sebeletsa Jehova kahohle ka moo nka kgonang ka teng ho bolela ho eketsa mosebetsi oo ke mo etsetsang wona. Ka hoo, ke leka ho etsa dintho tse ngata ho feta tseo nka kgonang ho di etsa. Ha ke sa kgone ho di etsa, ke nka hore Jehova o swabile jwalo ka ha le nna ke swabile.”
9 Ke jwang re ka hlolang boikutlo ba hore ha ho mohla re tla etsa ho lekaneng e le hore re thabise Jehova? Hopola hore Jehova o fetoha le maemo. Ha ho mohla a lebellang hore re etse dintho tse ngata ho feta tseo re ka kgonang ho di etsa. O ananela eng kapa eng eo re mo etsetsang yona ha feela e le sohle seo re ka se kgonang. Hape nahana ka mehlala e ka Bibeleng ya batho ba ileng ba sebeletsa Jehova ka dipelo tsohle. Ka mohlala, nahana ka Pauluse. O ile a sebetsa ka thata ka dilemo tse ngata, a tsamaya dibaka tse telele e le hore a thehe diphutheho tse ngata tse ntjha. Empa ha maemo a hae a bophelo a fetoha mme a se a sa kgone ho bolela jwalo ka pele, na Jehova ha a ka a hlola a mo amohela? Tjhe. O ile a tswela pele a etsa seo a ka se kgonang mme Jehova o ile a mo hlohonolofatsa. (Dik. 28:30, 31) Ka ho tshwanang, le rona dintho tseo re di etsetsang Jehova di ka fetoha ka dinako tse ding. Empa ntho ya bohlokwa ho yena ke sepheo seo re mo sebeletsang ka sona. Hona jwale a re bueng ka ditsela tse ding tseo ka tsona Jehova a bontshang hore o a re amohela.
JEHOVA O BONTSHA JWANG HORE O A RE AMOHELA?
10. Re ka “utlwa” Jehova ha a re bolella hore o a re rata jwang? (Johanne 16:27)
10 Ka Bibele. Jehova o batla ditsela tseo a ka bontshang batho ba hae hore o a ba rata le hore ba a mo thabisa. Bibele e bua ka makgetlo a mabedi ao Jehova a ileng a jwetsa Jesu hore ke Mora wa hae eo a mo ratang ya mo kgahlisang. (Mat. 3:17; 17:5) Na o ka rata ho utlwa Jehova a o bolella hore o a mo kgahlisa? Jehova ha a bue le rona a le lehodimong empa o bua le rona a sebedisa Lentswe la hae Bibele. Ha re bala mantswe ao Jesu a a buileng ho barutuwa ba hae a bontshang hore o a ba rata, ho tshwana le ha re “utlwa” Jehova a bua mantswe ao ho rona. (Bala Johanne 16:27.) Jesu o ne a etsisa makgabane a Ntate wa hae ka ho phethahetseng. Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae ba tshepahalang empa ba sa phethahala hore o a ba rata. Ka hoo, ha re bala ditlaleho tse jwalo, re ka nka e le Jehova ya buang mantswe ao ho rona.—Joh. 15:9, 15.
Jehova o bontsha hore o a re amohela ka ditsela tse ngata (Sheba serapa sa 10)
11. Ke hobaneng ha ho ba le mathata ho sa bolele hore Jehova ha a re amohele? (Jakobo 1:12)
11 Ka dintho tseo a re etsetsang tsona. Jehova o labalabela ho re thusa. Mohlala, o batla ho re hlokomela ka dintho tseo re di hlokang e le hore re phele. Empa ka dinako tse ding Jehova a ka dumella dintho tse bohloko hore di re etsahalle jwalo ka ha di ile tsa etsahalla Jobo. (Jobo 1:8-11) Ha re ena le mathata ha ho bolele hore Modimo ha a sa re amohela. Ho ena le hoo, re ba le monyetla wa ho bontsha Jehova hore re mo rata haholo le hore re a mo tshepa. (Bala Jakobo 1:12.) Hape ha re ena le mathata, re tla bona hore na Jehova o re rata hakaakang le ka moo a re thusang ka teng hore re mamelle.
12. Re ithuta eng ho se ileng sa etsahalla Morabo rona Dmitrii?
12 Nahana ka Morabo rona Dmitrii ya dulang Asia. O ile a fellwa ke mosebetsi mme a hloleha ho fumana o mong ka dikgwedi tse ngata. Ka hoo, o ile a etsa qeto ya ho bontsha hore o tshepa Jehova ka hore a eketse nako eo a e qetang tshimong. Dikgwedi tse ngata di ile tsa feta a ntse a sa fumane mosebetsi. Ho sa le jwalo, o ile a kula haholo hoo a neng a se a sa kgone ho phahama betheng. O ile a qala ho nahana hore e se e le ntate le monna ya se nang thuso a ba a ipotsa hore na ebe Jehova o sa ntse a mo amohela. Mantsiboya a mang moradi wa hae o ile a ngola mantswe a Esaia 30:15 pampiring, a reng: “Haeba le kgoba matshwafo mme le ntshepa le tla ba matla.” O ile a isa pampiri eo pela bethe ya ntate wa hae a re: “Ntate, ha o ikutlwa o se hantle o hopole lengolo lena.” Morabo rona Dmitrii o ile a hlokomela hore Jehova o ne a ntse a hlokometse lelapa la hae ka dijo, diaparo le bodulo. O re: “Ntho eo ke neng ke lokela ho e etsa ke ho kgoba matshwafo le ho tswela pele ke tshepa Modimo wa ka.” Haeba o na le mathata a tshwanang, o ka kgodiseha hore Jehova o a o tsotella mme o tla o thusa ho mamella.
Jehova o bontsha hore o a re amohela ka ditsela tse ngata (Sheba serapa sa 12)a
13. Jehova a ka sebedisa bomang ho re bolella hore o a re rata, hona o etsa seo jwang?
13 Ka Bakrestemmoho le rona. Jehova o sebedisa bara le baradi ba bo rona ho re bolella hore o a re amohela. Ka mohlala, a ka susumeletsa ba bang ho re bolella mantswe a kgothatsang ka nako e nepahetseng. Moradi wa bo rona e mong ya dulang Asia o ile a fumana kgothatso e jwalo nakong eo a neng a imetswe haholo maikutlong. O ne a feletswe ke mosebetsi a bile a kula haholo. Jwale monna wa hae o ile a etsa sebe se tebileng yaba o tloswa boholong. O re: “Ke ne ke sa utlwisise hore na ke hobaneng ha dintho tsena di nketsahalla. Ke ne ke nahana hore mohlomong ho na le ntho e nngwe eo ke e entseng e phoso mme Jehova ha a sa nkamohela.” Moradi enwa wa bo rona o ile a kopa Jehova ka tiyo hore a mo kgodise hore o ntse a mo amohela. Jehova o ile a mo kgodisa jwang? Ha a hlalosa o re: “Baholo ba ile ba nthusa ho bona hore Jehova o ntse a nthata.” O ile a boela a kopa thuso ho Jehova ka mora hore ho fete nako e itseng. O re: “Letsatsing lona leo ke ile ka fumana lengolo le tswang ho sehlopha se itseng sa bara le baradi ba bo rona ka phuthehong. Ha ke ntse ke bala mantswe a bona a kgothatsang, ke ile ka bona hore Jehova o nkutlwile.” Ka nnete Jehova a ka re bolella hore o a re rata a sebedisa mantswe a mosa a batho ba bang.—Pes. 10:17.
Jehova o bontsha hore o a re amohela ka ditsela tse ngata (Sheba serapa sa 13)b
14. Tsela e nngwe eo ka yona Jehova a bontshang hore o a re amohela ke efe?
14 Jehova o boetse o bontsha hore o a re amohela ka ho sebedisa Bakrestemmoho le rona hore ba re fe kgalemelo ha re e hloka. Ka mohlala, mehleng ya baapostola Jehova o ile a sebedisa moapostola Pauluse hore a ngolle Bakrestemmoho le yena mangolo a 14. Mangolo ao a ne a fana ka kgalemelo e lerato empa e le e tobileng. Ke hobaneng ha Jehova a ile a sebedisa Pauluse hore a fane ka kgalemelo e jwalo? Jehova ke Ntate ya molemo mme o kgalemela bana ba hae “bao a ba ratang.” (Diprov. 3:11, 12) Ka hoo, ha re fumana kgalemelo e thehilweng Bibeleng, ke bopaki ba hore Jehova o a re amohela eseng ba hore o re lahlile. (Baheb. 12:6) Ke dintho dife tse ding tse ka bontshang hore Jehova o a re amohela?
BOPAKI BO BONG BA HORE JEHOVA O A RE AMOHELA
15. Ke bomang bao Jehova a ba fang moya wa hae o halalelang, hona ke hobaneng ha taba ee e etsa hore re kgodisehe hore o a re amohela?
15 Jehova o fana ka moya o halalelang wa hae ho batho ba mo thabisang. (Mat. 12:18) Re ka ipotsa: ‘Na ke kgona ho bontsha tse ding tsa ditholwana tse behwang ke moya o halalelang bophelong ba ka?’ Na o bona eka o se o ena le mamello haholwanyane ha o sebetsana le batho ba bang ho feta pele o ithuta ka Jehova? Ha o ntse o bontsha ditholwana tse behwang ke moya o halalelang haholwanyane, o lokela ho kgodiseha le ho feta hore Jehova o a o amohela.—Sheba lebokose le reng “Ditholwana Tse Behwang ke Moya o Halalelang ke . . . ”
Ke bopaki bofe bo bong bo bontshang hore Jehova o a o amohela? (Sheba serapa sa 15)
16. Ke bomang bao Jehova a ba sebedisang ho bolela ditaba tse monate, hona taba ee e etsa hore o ikutlwe jwang? (1 Bathesalonika 2:4)
16 Jehova o tshepela batho ba mo kgahlisang hore ba bolele ditaba tse monate. (Bala 1 Bathesalonika 2:4.) Moradi wa bo rona ya bitswang Jocelyn o ile a kgodiseha ka taba ena ha a ne a bolella batho ba bang ditaba tse monate. Ka letsatsi le leng Moradi wa bo rona Jocelyn o ile a tsoha a ena le kgatello ya maikutlo. O re: “Ke ne ke utlwa ke se na matla ebile ke se na thuso. Empa ke ne ke le pulamadiboho ebile e le letsatsi la ka la ho ya tshimong. Ka hoo, ke ile ka rapela yaba ke ya tshimong.” Hoseng hoo, Moradi wa bo rona Jocelyn o ile a kopana le mme ya mosa ya bitswang Mary ya ileng a dumela ho ithuta Bibele. Dikgwedi tse mmalwa ha morao, Mary o ile a re ha Moradi wa bo rona Jocelyn a ne a kokota lemating la hae, o ne a ntse a rapela Modimo a kopa thuso. Moradi wa bo rona Jocelyn o ile a ithuta eng tabeng ee? O re: “Ho ne ho tshwana le ha eka Jehova o re ho nna, ‘Ke a o amohela.’” Ke nnete hore ha se motho e mong le e mong ya tla mamela molaetsa oo re o bolelang. Empa re ka kgodiseha hore Jehova o a thaba ha re etsa sohle se matleng a rona ho arolelana ditaba tse monate le batho ba bang.
Ke bopaki bofe bo bong bo bontshang hore Jehova o a o amohela? (Sheba serapa sa 16)c
17. O ithuta eng ka sehlabelo sa Jesu ho Moradi wa bo rona Vicky? (Pesaleme ya 5:12)
17 Batho bao Jehova a ba amohelang ba fumana melemo ya sehlabelo sa Jesu seo Jehova a faneng ka sona. (1 Tim. 2:5, 6) Empa ho thweng haeba re ntse re utlwa eka Jehova ha a re amohele le hoja re dumela sehlabelong sa Jesu re bile re kolobeditswe? Re lokela ho hopola hore ha se ka mehla re lokelang ho tshepa tsela eo re ikutlwang ka yona empa re ka tshepa Jehova. O nka batho ba nang le tumelo sehlabelong sa Jesu ba lokile ebile o tshepisa ho ba hlohonolofatsa. (Bala Pesaleme ya 5:12; Bar. 3:26) Ho nahanisisa ka sehlabelo sa Jesu ho ile ha thusa Moradi wa bo rona ya bitswang Vicky. Ka letsatsi le leng ka mora ho nahanisisa ka sehlabelo sa Jesu, o ile a re: “Jehova o nnile a mmamella nako e telele. . . . Empa ha e le hantle ho ne ho tshwana le ha ke ntse ke re ho yena: ‘Lerato la hao le a fokola hore le ka nkama. Sehlabelo sa Mora wa hao ha se a lekana ho kwahela dibe tsa ka.’” O ile a qala ho utlwa Jehova a mo rata ka mora ho nahanisisa ka mpho ya sehlabelo sa Jesu. Le rona re tla utlwa hore Jehova o a re rata ebile o a re amohela haeba re nahanisisa ka sehlabelo sa Jesu.
Ke bopaki bofe bo bong bo bontshang hore Jehova o a o amohela? (Sheba serapa sa 17)
18. Re ka kgodiseha ka eng ha re tswela pele re rata Ntate wa rona ya lehodimong?
18 Le hoja re ka leka ka thata ho sebedisa ditlhahiso tseo re ithutileng tsona sehloohong sena, ka dinako tse ding re ka nna ra nyahama mme ra ipotsa hore na ebe Jehova o a re amohela. Ha seo se etsahala, hopola hore o amohela “batho ba tswelang pele ho mo rata.” (Jak. 1:12) Ka hoo, tswela pele ho atamela ho Jehova le ho hlokomela ditsela tsohle tseo a bontshang ka tsona hore o a o amohela. Le ka mohla o se ke wa lebala hore Jehova “ha a hole le rona.”—Dik. 17:27.
O KA RENG?
Ke hobaneng ha batho ba bang ba ka utlwa eka Jehova ha a ba amohele?
Ditsela tse ding tseo Jehova a bontshang ka tsona hore o a re amohela ke dife?
Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Modimo o a re amohela?
PINA YA 88 Ntsebise Ditsela Tsa Hao
a TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Tshwantshetso ya ntho e etsahetseng
b TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Tshwantshetso ya ntho e etsahetseng
c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Tshwantshetso ya ntho e etsahetseng