Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • nwt Joshua 1:1-24:33
  • Joshua

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Joshua
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Joshua

JOSHUA

1 Ka mora lefu la Moshe mohlanka wa Jehova, Jehova a re ho Joshua*+ mora wa Nune, mosebeletsi+ wa Moshe: 2 “Mohlanka wa ka Moshe o shwele.+ Jwale ema, o tshele Jordane wena le setjhaba sena sohle mme le kene naheng eo ke tla e fa setjhaba sa Iseraele.+ 3 Ke tla le fa sebaka se seng le se seng seo le kenang ho sona* feela jwalo ka ha ke ile ka tshepisa Moshe.+ 4 Sebaka sa lona se tla ba ho tloha lefeelleng ho ya fihla Lebanone le ho ya fihla nokeng e kgolo ya Eufrate e leng naha yohle ya Bahethe+ le ho ya Lewatleng le Leholo* ka bophirimela.+ 5 Ha ho na motho ya tla o hlola ha feela o ntse o phela.+ Ke tla ba le wena feela jwalo ka ha ke bile le Moshe.+ Nke ke ka o lahla kapa ka o tlohela.+ 6 Eba sebete mme o be matla+ hobane ke wena ya tla kenya setjhaba sena naheng eo ke ileng ka hlapanyetsa baholoholo ba sona hore ke tla ba fa yona.+

7 O be sebete mme o be matla haholo mme o latele Molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha, wa ya ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi+ e le hore o ka etsa dintho ka bohlale hohle moo o yang teng.+ 8 Buka ena ya Molao e se ke ya tloha molomong wa hao.+ O e bale ka lentswe le tlase* bosiu le motshehare e le hore o ka etsa dintho tsohle tse ngotsweng ho yona.+ Ha o etsa jwalo, seo o se etsang se tla atleha mme o tla etsa dintho ka bohlale.+ 9 Ke o file taelo ya hore o be sebete mme o be matla. O se ke wa haroha letswalo kapa wa tshoha hobane Jehova Modimo wa hao o na le wena kae kapa kae moo o yang teng.”+

10 Yaba Joshua o laela balaodi ba setjhaba o re: 11 “Tsamayang ka hara diahelo mme le laele setjhaba le re, ‘Lokisang mefaho hobane ka mora matsatsi a mararo le tla tshela Jordane mme le nke naha eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona.’”+

12 Joshua a re ho Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase: 13 “Hopolang seo Moshe mohlanka wa Jehova a le laetseng sona ha a re:+ ‘Jehova Modimo wa lona o le fa phomolo mme o le file naha ena. 14 Basadi, bana le diphoofolo tsa lona di tla dula naheng eo Moshe a le fileng yona ka lehlakoreng lena* la Jordane.+ Empa lona banna bohle ba matla+ le lokela ho tshela le hlophisehile jwalo ka lebotho la ntwa ka pela bana ba bo lona.+ Le thuse bana ba bo lona 15 ho fihlela Jehova a etsa hore ba dule ba sireletsehile jwalo ka lona, ho fihlela le bona ba fumane naha eo Jehova Modimo wa lona a ba fang yona. Ka mora moo, le tla kgutlela naheng eo le e fuweng e leng naha eo Moshe mohlanka wa Jehova a le fileng yona ka lehlakoreng le ka botjhabela la Jordane.’”+

16 Ba araba Joshua ba re: “Re tla etsa sohle seo o re laetseng sona mme re tla ya kae kapa kae moo o reng re ye teng.+ 17 Re tla o mamela feela jwalo ka ha re ile ra mamela ntho e nngwe le e nngwe eo Moshe a ileng a e bua. E se eka Jehova Modimo wa hao a ka ba le wena feela jwalo ka ha a ile a ba le Moshe.+ 18 Motho ya fetohelang taelo ya hao mme a sa mamele taelo e nngwe le e nngwe eo o mo fang yona o tla bolawa.+ O be sebete mme o be matla.”+

2 Jwale Joshua mora wa Nune a romela banna ba babedi ka sephiri ho tloha Shitime+ hore ba yo hlwela* naha. A re ho bona: “Eyang mme le yo hlwela naha, haholoholo naha ya Jeriko.” Ka hoo, ba ya mme ba fihla ntlong ya Rahaba mosadi wa letekatse+ yaba ba dula moo. 2 Morena wa Jeriko o ile a bolellwa sena: “Banna ba Baiseraele ba fihlile mona bosiung bona ho tla hlwela naha.” 3 Yaba morena wa Jeriko o romela molaetsa ho Rahaba o re: “Ntsha banna ba tlileng mona, ba keneng ka tlung ya hao hobane ba tlile ho tla hlwela naha ena yohle.”

4 Empa mosadi eo a pata banna bao ba babedi. Yaba o re: “Ke nnete hore banna bao ba ile ba tla ho nna empa ke ne ke sa tsebe hore na ba tswa hokae. 5 Ha ho eba lefifi mme keiti ya motse e se e tlo kwalwa, banna bao ba ile ba tswa. Ha ke tsebe hore na ba ile hokae empa haeba le ka ba lelekisa kapele, le tla ba tshwara.” 6 (Le ha ho le jwalo, o ne a ba isitse marulelong mme a ba patile hara mahlaka a semela sa folakse* a neng a adilwe hodima marulelo.) 7 Ka hoo, banna bao ba ba lelekisa ka tsela ya madiboho a Jordane+ mme keiti ya motse ya kwalwa hang ka mora hore ba ba lelekisang ba tswe.

8 Pele banna bao ba robala, a tla ho bona marulelong. 9 A re ho bona: “Ke a tseba hore Jehova o tla le fa naha ena+ hape re le tshaba haholo.+ Baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la lona+ 10 hobane re utlwile ka moo Jehova a ileng a le bulela tsela e ommeng Lewatleng le Lefubedu ha le ne le tswa Egepeta.+ Hape re utlwile le seo le ileng la se etsa ho marena a mabedi a Baamore e leng Sihone+ le Oge,+ ao le ileng la a fedisa ka lehlakoreng* lane la Jordane. 11 Ha re utlwa ditlaleho tseo, re ile ra tshoha mme ha ho na motho ya nang le sebete ka lebaka la lona hobane Jehova Modimo wa lona ke Modimo hodimo mahodimong le tlase lefatsheng.+ 12 Jwale, ka kopo, ntlhapanyetseng ka Jehova hore ha e le mona ke le bontshitse mosa* le lona le tla bontsha mosa ho ba ntlo ya Ntate mme le mphe bopaki ba hore le tla tshepahala.* 13 Le boloke Ntate le Mme le bana beso le bohle ba dulang le bona ba phela mme le re pholose hore re se ke ra shwa.”+

14 Yaba banna bao ba re ho yena: “Re tla le shwela! Haeba le sa bolele taba ena ya rona, re tla le bontsha mosa mme re tla le tshepahalla ha Jehova a re fa naha ena.” 15 Ka mora moo, a ba fa ropo hore ba e sebedisetse ho theohela fatshe ka fensetere hobane ntlo ya hae e ne e le lerakong la motse.+ 16 A re ho bona: “Eyang dithabeng mme le ipate moo ka matsatsi a mararo e le hore banna ba le lelekisang ba se ke ba le fumana. Jwale ha ba se ba kgutlile le ka itsamaela.”

17 Banna bao ba re ho yena: “Re ke ke ra tlangwa ke letho ho phetha kano ena eo o entseng hore re hlapanye hore re tla e phetha+ 18 haeba mohlang re tlo kena naheng ena, o sa tlama thapo ena ya kgwele e kgubedu fensetereng eo o re theotseng ka yona. O bokelle ntate wa hao, mme wa hao, bana beno le bohle ba ntlo ya ntate wa hao hore ba be le wena ka tlung.+ 19 Jwale, haeba mang kapa mang a tswela ka ntle ho ntlo ya hao, madi a hae a tla ba hodima hlooho ya hae mme re ke ke ra ba molato. Empa haeba mang kapa mang ya nang le wena ka tlung a ka tswa kotsi, madi a hae a tla ba dihloohong tsa rona. 20 Empa haeba o ka bolela taba ena ya rona,+ re ke ke ra ba molato mabapi le kano ya hao eo o entseng hore re hlapanye hore re tla e phetha.” 21 A re: “Ho lokile, ke tla etsa seo le itseng ke se etse.”

Yaba o re ba tsamaye mme ba tsamaya. Ka mora moo, a tlama thapo e kgubedu fensetereng. 22 Ka hoo, ba tsamaya ba ya dithabeng mme ba dula moo ka matsatsi a mararo, ho fihlela ba ba lelekisang ba kgutlile. Banna ba ba lelekisang ba ile ba ba batla tseleng e nngwe le e nngwe empa ha ba a ka ba ba fumana. 23 Yaba banna bao ba babedi ba theoha dithabeng mme ba tshela noka, ba tla ho Joshua mora wa Nune. Ba mo bolella dintho tsohle tse ileng tsa ba etsahalla. 24 Ba re ho Joshua: “Jehova o re file naha yohle.+ Ebile baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la rona.”+

3 Jwale Joshua a tsoha hoseng haholo mme yena le Baiseraele* bohle ba tloha Shitime+ mme ba tla Jordane. Ba ile ba qeta bosiu moo pele ba ka tshela.

2 Ka mora matsatsi a mararo, balaodi+ ba tsamaya hara diahelo 3 mme ba laela batho ba re: “Hang ha le bona areka ya selekane sa Jehova Modimo wa lona e jerwe ke baprista ba Balevi,+ le tlohe sebakeng sa lona mme le e sale morao. 4 Empa le be hole le yona ka dimithara tse ka bang 890.* Le se ke la e atamela e le hore le ka bona tsela eo le lokelang ho tsamaya ka yona hobane ha le eso ka le tsamaya tseleng ena.”

5 Joshua a re ho setjhaba: “Itlhwekiseng*+ hobane hosane Jehova o tla etsa dintho tse hlollang hara lona.”+

6 Joshua a re ho baprista: “Nkang areka+ ya selekane mme le etelle setjhaba pele.” Ka hoo, ba nka areka ya selekane mme ba tsamaya ka pela setjhaba.

7 Jehova a re ho Joshua: “Letsatsing lena ke tla etsa hore Baiseraele bohle ba o hlomphe+ e le hore ba ka tseba hore ke tla ba le wena+ feela jwalo ka ha ke ile ka ba le Moshe.+ 8 O laele baprista ba jereng areka ya selekane o re: ‘Hang ha le kena ka metsing a Jordane le eme le sa sisinyehe ka hara Jordane.’”+

9 Joshua a re ho Baiseraele: “Atamelang mona mme le mamele mantswe a Jehova Modimo wa lona.” 10 Joshua a re: “Le tla tseba ka sena hore Modimo ya phelang o hara lona+ le hore ka sebele o tla leleka ka pela lona Bakanana, Bahethe, Baheve, Bapereze, Bagirgashe, Baamore le Bajebuse.+ 11 Areka ya selekane sa Morena wa lefatshe lohle e le etelletse pele ho tshela Jordane. 12 Nkang banna ba 12 malokong a Iseraele. Le nke monna a le mong lelokong le leng le le leng+ 13 mme hang ha maoto a baprista ba jereng Areka ya Jehova, Morena wa lefatshe lohle a thetsa* metsi a Jordane, metsi a Jordane a phallang ho tswa hodimo nokeng a tla ema tsi! jwalo ka metsi a letamo.”*+

14 Ka hoo, ha setjhaba se tloha ditenteng tsa sona pele se tshela Jordane, baprista ba jereng areka+ ya selekane ba etella setjhaba pele. 15 Hang ha baprista ba jereng Areka ba fihla Jordane mme ba kenya maoto a bona ka metsing (Jordane e tlala ho feta tekano+ matsatsing ohle a kotulo), 16 metsi a phallang ho tloha hodimo a ema tsi! hole kwana Adama e leng motse o haufi le Zarthane. A ile a phahama, a ba jwalo ka letamo,* ha ka nako eo metsi a theohelang Lewatleng la Araba e leng Lewatle la Letswai* a ntse a fela. Noka ya kgaotsa ho phalla yaba setjhaba se tshela se shebane le Jeriko. 17 Ha baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova ba ntse ba eme ba sa sisinyehe mobung o ommeng+ bohareng ba Jordane, Baiseraele bohle ba feta mobung o ommeng+ ho fihlela setjhaba kaofela se qetile ho tshela Jordane.

4 Hang ha setjhaba sohle se qetile ho tshela Jordane, Jehova a re ho Joshua: 2 “Kgethang banna ba 12 setjhabeng, le kgethe monna a le mong lelokong ka leng+ 3 mme le re ho bona: ‘Nkang majwe a 12 bohareng ba Jordane, moo maoto a baprista a neng a eme teng a sa sisinyehe+ mme le tshele le majwe ao ebe le a beha sebakeng seo le tla qeta bosiu ho sona.’”+

4 Ka hoo, Joshua a bitsa banna ba 12 bao a neng a ba kgethile ho Baiseraele, monna a le mong lelokong ka leng. 5 Joshua a re ho bona: “Fetelang ka pela Areka ya Jehova Modimo wa lona le ye bohareng ba Jordane mme e mong le e mong wa lona a jare lejwe lehetleng la hae, ho ya ka palo ya maloko a Baiseraele 6 hore e be letshwao hara lona. Haeba bana* ba lona ba ka le botsa nakong e tlang, ba re, ‘Ke hobaneng ha le behile majwe aa moo?’+ 7 Le tla re ho bona: ‘Ke hobane metsi a Jordane a ile a emiswa ka pela areka+ ya selekane sa Jehova. Ha areka e tshela Jordane, metsi a Jordane a ile a emiswa. Majwe ana e tla dula e le sehopotso* ho setjhaba sa Iseraele.’”+

8 Baiseraele ba etsa feela jwalo ka ha Joshua a ne a laetse. Ba nka majwe a 12 bohareng ba Jordane, a lekanang le palo ya maloko a Baiseraele. Ba etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Joshua. Ba tshela le ona ho ya sebakeng seo ba neng ba yo qeta bosiu ho sona mme ba a beha moo.

9 Joshua a hloma majwe a 12 bohareng ba Jordane, moo maoto a baprista ba neng ba jere areka ya selekane a neng a eme teng.+ Majwe ao a ntse a le moo ho fihlela letsatsing lena.

10 Baprista ba jereng Areka ba nna ba ema bohareng ba Jordane, ho fihlela setjhaba se entse ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a neng a laetse Joshua hore a se bolelle hore se e etse, ho ya ka sohle seo Moshe a neng a se laetse Joshua. Ka nako ena yohle, setjhaba se ne se tshela ka potlako. 11 Hang ha setjhaba sohle se qetile ho tshela, baprista ba jereng Areka ya Jehova ba tshela setjhaba se ba shebile.+ 12 Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase ba tshela ba itokiseditse ho ya lwana,+ ba ne ba tsamaya ka pela Baiseraele ba bang feela jwalo ka ha Moshe a ne a ba laetse.+ 13 Masole a ka bang 40 000 a hlometseng bakeng sa ntwa, a tshela ka pela Jehova ho ya lehwatateng la Jeriko.

14 Letsatsing leo Jehova a phahamisa Joshua ka pela mahlo a Baiseraele bohle+ yaba ba mo hlompha haholo* bophelo bohle ba hae feela jwalo ka ha ba ne ba hlompha Moshe.+

15 Jehova a re ho Joshua: 16 “Laela baprista ba jereng areka+ ya Bopaki hore ba tswe Jordane.” 17 Ka hoo, Joshua a re ho baprista: “Tswang Jordane.” 18 Ha baprista ba jereng areka+ ya selekane sa Jehova ba tswa bohareng ba Jordane mme maoto a bona a hata mobung o ommeng, metsi a Jordane a boela a phalla mme a tlala ho feta tekano+ jwalo ka pele.

19 Setjhaba se ile sa tshela Jordane ka letsatsi la leshome la kgwedi ya pele mme sa hloma ditente tsa sona Gilgale+ moeding o ka botjhabela wa Jeriko.

20 Ha e le majwe a 12 ao ba neng ba a ntshitse Jordane, Joshua a a hloma Gilgale.+ 21 Yaba o re ho Baiseraele: “Ha bana ba lona ba botsa bontate ba bona nakong e tlang ba re, ‘Majwe aa a bolelang?’+ 22 le hlalosetse bana ba lona le re: ‘Baiseraele ba ile ba tshela Jordane mobung o ommeng+ 23 ha Jehova Modimo wa lona a ne a etsa hore metsi a Jordane a kgaotse ho phalla ho fihlela ba e tshetse feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa lona a entse Lewatleng le Lefubedu, ha a ne a le arola ka pela rona ho fihlela re le tshetse.+ 24 O entse dintho tsena e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di ka tseba ka moo letsoho la Jehova le leng matla ka teng+ le bakeng sa hore le dule le tshaba Jehova Modimo wa lona.’”

5 Hang ha marena ohle a Baamore+ a neng a le ka lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane* le marena ohle a Bakanana+ a neng a le haufi le lewatle a utlwa hore Jehova o entse hore metsi a Jordane a kgaotse ho phalla ka pela Baiseraele ho fihlela ba tshetse, a ile a tshoha mme a nyahama haholo+ ka lebaka la Baiseraele.+

2 Ka nako eo Jehova a re ho Joshua: “Iketsetse dithipa tsa lejwe le thata mme o bolotse+ banna ba Iseraele hape ka lekgetlo la bobedi.” 3 Ka hoo, Joshua a etsa dithipa tsa lejwe le thata mme a bolotsa banna ba Iseraele Gibeathe-haralothe.*+ 4 Lena ke lebaka le entseng hore Joshua a ba bolotse: Banna bohle ba tswileng Egepeta e leng banna bohle ba ntwa,* ba ne ba shwelletse lefeelleng tseleng ka mora hore ba tswe Egepeta.+ 5 Batho bohle ba ileng ba tswa Egepeta ba ne ba bolotse empa batho bohle ba tswaletsweng lefeelleng tseleng ka mora hore setjhaba se tswe Egepeta, ba ne ba eso bolotswe. 6 Baiseraele ba ne ba tsamaile dilemo tse 40+ lefeelleng ho fihlela setjhaba sohle se shwele e leng banna ba ntwa ba tswileng Egepeta ba sa kang ba mamela lentswe la Jehova.+ Jehova o ile a ba a ikana hore le ka mohla a ke ke a ba dumella ho bona naha eo+ Jehova a neng a ikanne ho baholoholo ba bona hore o tla ba fa yona,+ naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.+ 7 Ka hoo, a nka bara ba bona ho ena le bona.+ Joshua o ile a ba bolotsa. Ba ile ba bolotswa hobane ba ne ba sa bolotswa ha ba ntse ba le leetong.

8 Ha ba qetile ho bolotsa setjhaba sohle, ha ba a ka ba tloha sebakeng seo ba neng ba le ho sona diahelong ho fihlela ba fodile.

9 Jwale Jehova a re ho Joshua: “Kajeno ke entse bonnete ba hore Baegepeta ba ke ke ba hlola ba le nyefola.”* Ka hoo, sebaka seo esale se bitswa Gilgale+ ho fihlela letsatsing lena.

10 Baiseraele ba nna ba dula diahelong Gilgale yaba ba tshwara Paseka letsatsing la bo14 la kgwedi,+ mantsiboya lehwatateng la Jeriko. 11 Ba ja dihlahiswa tsa naha letsatsing le hlahlamang ka mora Paseka e leng mahobe a se nang tomoso+ le dijo tse kotutsweng tse hadikilweng letsatsing lona leo. 12 Jwale manna a kgaotsa ho ba teng letsatsing le latelang ha ba se ba jele tse ding tsa dihlahiswa tsa naha. Ho ne ho se ho se na manna bakeng sa Baiseraele+ empa ba qala ho ja dihlahiswa tsa naha ya Kanana selemong seo.+

13 Ha Joshua a le haufi le Jeriko, a phahamisa mahlo mme a bona monna+ a eme ka pela hae a tshwere sabole letsohong la hae.+ Joshua a ya ho yena mme a mo botsa a re: “Na o ka lehlakoreng la rona kapa la bahanyetsi ba rona?” 14 Yaba o re: “Tjhe, ke tlile ke le kgosana* ya lebotho la Jehova.”+ Hanghang Joshua a kgumama yaba o inamisa hlooho mme a re ho yena: “Morenaka o reng ho mohlanka wa hae?” 15 Kgosana ya lebotho la Jehova ya re ho Joshua: “Rola dieta* tsa hao hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela.” Hanghang Joshua a etsa jwalo.+

6 Jeriko e ne e kwetswe ka thata ka lebaka la Baiseraele. Ho ne ho se na motho ya tswang le ya kenang.+

2 Yaba Jehova o re ho Joshua: “Ke nehelane ka Jeriko le morena wa yona le banna ba yona ba ntwa ba matla ho wena.+ 3 Lona banna bohle ba ntwa le potolohe motse, le o potolohe hanngwe. Le o potolohe ka matsatsi a tsheletseng. 4 O laele baprista ba supileng hore ba nke manaka a supileng a diramo ka pela Areka. Empa ka letsatsi la bosupa le potolohe motse ka makgetlo a supileng mme baprista ba letse manaka.+ 5 Ha ba letsa lenaka la ramo mme le utlwa modumo* wa lenaka, setjhaba sohle se etse modumo o moholo wa ntwa. Lerako la motse le tla wa putla!+ mme setjhaba se nyolohe, e mong le e mong a lebe pele.”

6 Ka hoo, Joshua mora wa Nune a bitsa baprista mme a re ho bona: “Nkang areka ya selekane mme baprista ba supileng ba nke manaka a supileng a diramo ka pela Areka ya Jehova.”+ 7 A re ho masole: “Fetelang pele le potolohe motse mme masole a hlometseng+ bakeng sa ntwa a tsamaye ka pela Areka ya Jehova.” 8 Feela jwalo ka ha Joshua a ne a boleletse setjhaba, baprista ba supileng ba nkileng manaka a supileng a diramo ka pela Jehova ba ya ka pele mme ba letsa manaka mme areka ya selekane sa Jehova e ne e ba latela. 9 Masole a hlometseng bakeng sa ntwa a ne a tsamaya ka pela baprista ba neng ba letsa manaka mme balebedi ba ka morao ba latela Areka ha manaka a ntse a letswa a sa kgaotse.

10 Joshua o ne a laetse setjhaba a re: “Le se ke la hweletsa kapa la etsa hore mantswe a lona a utluwe. Ha ho lentswe le lokelang ho tswa melomong ya lona ho fihlela letsatsing leo ka lona ke reng ho lona, ‘Hweletsang!’ Jwale le tla hweletsa.” 11 A etsa hore Areka ya Jehova e potolohe motse, ya o potoloha hanngwe mme ka mora moo, ba kgutlela ditenteng tsa bona mme ba qeta bosiu moo.

12 Letsatsing le hlahlamang Joshua a tsoha hoseng haholo mme baprista ba jara Areka+ ya Jehova. 13 Baprista ba supileng ba nkileng manaka a supileng a diramo ba ne ba tsamaya ka pela Areka ya Jehova, ba ntse ba letsa manaka ba sa kgaotse. Masole a hlometseng bakeng sa ntwa a ne a ba eteletse pele ha balebedi ba ka morao ba ntse ba latela Areka ya Jehova mme baprista ba ntse ba letsa manaka ba sa kgaotse. 14 Ba potoloha motse hanngwe ka letsatsi la bobedi, ka mora moo ba kgutlela diahelong. Ke seo ba ileng ba se etsa ka matsatsi a tsheletseng.+

15 Ka letsatsi la bosupa ba tsoha hoseng hang ha mafube a hlaha yaba ba potoloha motse ka mokgwa o tshwanang ka makgetlo a supileng. Ke letsatsing leo feela moo ba ileng ba potoloha motse ka makgetlo a supileng.+ 16 Ka lekgetlo la bosupa, baprista ba letsa manaka yaba Joshua o re ho setjhaba: “Hweletsang+ hobane Jehova o le file motse ona! 17 Motse ona le dintho tsohle tse ho wona di lokela ho fediswa.+ Kaofela ha wona ke wa Jehova. Ke Rahaba+ wa letekatse feela ya ka dulang a phela, yena le bohle ba nang le yena ka tlung hobane o ile a pata banna bao re ileng ra ba romela hore ba tlo hlwela* naha.+ 18 Empa le suthele hole le dintho tse lokelang ho fediswa+ e le hore le se ke la di lakatsa mme la di nka+ yaba le etsa hore diahelo tsa Iseraele e be ntho e lokelang ho fediswa mme la e tlisetsa tlokotsi.*+ 19 Empa silevera yohle le kgauta le dintho tsa koporo le tshepe di a halalela ho Jehova.+ Di iswe moo ho bolokwang matlotlo bakeng sa ntlo ya Jehova.”+

20 Jwale setjhaba sa hweletsa ha ho letswa manaka.+ Hang ha setjhaba se utlwa modumo wa lenaka mme se hweletsa ka modumo o moholo wa ntwa, lerako la wa.+ Ka mora moo, setjhaba sa kena motseng, e mong le e mong a lebile pele mme sa hapa motse. 21 Sa fedisa ntho e nngwe le e nngwe e neng e le motseng ka sabole, banna le basadi, ba banyenyane le ba baholo, dipoho, dinku le ditonki.+

22 Joshua a re ho banna ba babedi ba neng ba ile ba hlwela* naha: “Kenang ntlong ya mosadi eo wa letekatse mme le ntshe mosadi eo le bohle ba hae feela jwalo ka ha le mo hlapanyeditse.”+ 23 Ka hoo, bahlankana ba neng ba ile ho ya hlwela naha ba kena mme ba ntsha Rahaba, ntate wa hae, mme wa hae, dikgaitsedi tsa hae le bohle ba dulang le yena. Ba ntsha bohle ba lelapa labo+ mme ba ba beha ka ntle ho diahelo tsa Iseraele.

24 Yaba ba tjhesa motse le ntho e nngwe le e nngwe e neng e le ho wona ka mollo. Empa silevera, kgauta le dintho tsa koporo le tsa tshepe, ba di isa moo ho bolokwang matlotlo bakeng sa ntlo ya Jehova.+ 25 Rahaba wa letekatse le ba ntlo ya ntate wa hae le bohle ba dulang le yena, ke bona feela bao Joshua a ileng a ba boloka ba phela+ mme o dula Iseraele ho tla fihlela letsatsing lena+ hobane o ile a pata banna bao Joshua a ileng a ba romela ho ya hlwela* Jeriko.+

26 Ka nako eo, Joshua a phatlalatsa kano e reng:* “E se eka motho ya tla haha motse ona wa Jeriko a ka rohakwa ka pela Jehova. O tla lahlehelwa ke letsibolo la hae haeba a ka etsa motheo wa motse ona mme o tla lahlehelwa ke ngwana wa hae wa ho fela haeba a ka kenya mamati a wona.”+

27 Jehova o ne a ena le Joshua,+ ka hona Joshua a tuma* lefatsheng lohle.+

7 Empa Baiseraele ha ba a ka ba tshepahala mabapi le dintho tse neng di lokela ho fediswa hobane Akane+ mora wa Karmi, mora wa Zabdi, mora wa Zera wa leloko la Juda, o ile a nka tse ding tsa dintho tse neng di lokela ho fediswa.+ Yaba Jehova o halefela Baiseraele+ haholo.

2 Joshua a romela banna Ai+ e haufi le Bethe-avene, ka botjhabela ho Bethele+ ba tswa Jeriko a re ho bona: “Nyolohang le yo hlwela* naha.” Ka hoo, banna bao ba nyoloha mme ba hlahloba Ai. 3 Ha ba kgutlela ho Joshua ba ile ba re ho yena: “Ha ho hlokahale hore setjhaba sohle se nyolohe. Banna ba ka bang 2 000 kapa ba ka bang 3 000 ba tla lekana hore ba hlole Ai. O se ke wa kgathatsa setjhaba sohle ka hore se ye moo hobane baahi ba moo ha ba bangata.”

4 Ka hoo, banna ba ka bang 3 000 ba nyolohela moo empa ba ile ba tlameha ho baleha banna ba Ai.+ 5 Banna ba Ai ba bolaya banna ba 36 mme ba ba lelekisa ho tloha ka ntle ho keiti ya motse ho ya fihla Shebarime mme ba tswela pele ho ba bolaela motheong. Ka lebaka leo, batho ba ile ba tshoha mme ba fellwa ke matla.

6 Joshua le baholo ba Iseraele ba tabola diaparo tsa bona mme ba kgumama difahleho tsa bona di shebile fatshe ka pela Areka ya Jehova ho fihlela mantsiboya mme ba nna ba itshela ka lerole dihloohong. 7 Joshua a re: “Oho, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, ke hobaneng ha o ile wa tshedisa setjhaba see Jordane hore feela o nehelane ka rona ho Baamore hore ba re fedise? Hoja ra itulela ka lehlakoreng lane* la Jordane. 8 Ntshwarele Jehova, ke tla reng ha e le moo Baiseraele ba balehile* dira tsa bona? 9 Ha Bakanana le baahi bohle ba naha ena ba utlwela ka taba ena ba tla re potapota mme ba fedise lebitso la rona lefatsheng. Jwale o tla etsang ho sireletsa lebitso la hao le leholo?”+

10 Jehova a re ho Joshua: “Ema! Ke hobaneng ha o itihetse fatshe ka sefahleho? 11 Baiseraele ba entse sebe. Ha ba a boloka selekane*+ sa ka seo ke neng ke ba laetse hore ba se boloke. Ba nkile tse ding tsa dintho tse neng di lokela ho fediswa,+ ba di utswitse+ mme ba di patile hara dintho tsa bona.+ 12 Ka hoo, Baiseraele ba ke ke ba kgona ho hlola dira tsa bona. Ba tla baleha dira tsa bona hobane ba lokela ho fediswa. Nke ke ka ba le lona hape ntle le haeba le ka tlosa ntho e lokelang ho fediswa+ hara lona. 13 Ema mme o hlwekise* setjhaba.+ O re ho sona, ‘Itlhwekisetseng* hosane hobane sena ke seo Jehova Modimo wa Iseraele a se boletseng: “Ho na le ntho e lokelang ho fediswa hara lona Baiseraele. Le ke ke la kgona ho hlola dira tsa lona ho fihlela le tlositse ntho eo e lokelang ho fediswa hara lona. 14 Le itlhahise ka pela Modimo hoseng ho ya ka meloko ya lona. Leloko leo Jehova a le kgethang+ le tla atamela mme hara malapa ohle a leloko leo, lelapa leo Jehova a le kgethang le tla atamela, hara lelapa leo, ba ntlo eo Jehova a e kgethang ba tla atamela, ho ba ntlo eo, monna e mong le e mong o tla atamela. 15 Motho eo ho tla fumanwa a ena le ntho e lokelang ho fediswa, o tla tjheswa ka mollo+ le dintho tsohle tsa hae hobane ha a boloka selekane+ sa Jehova ebile o entse ntho e swabisang Iseraele.”’”

16 Letsatsing le hlahlamang, Joshua a tsoha hoseng haholo mme a re Baiseraele ba atamele ho ya ka maloko a bona yaba Modimo o kgetha leloko la Juda. 17 Joshua a re malapa a leloko la Juda a atamele mme Modimo a kgetha lelapa la Bazera+ yaba ka mora moo Joshua o laela hore monna ka mong ho lelapa la Bazera a atamele mme Modimo a kgetha Zabdi. 18 Qetellong Joshua a re monna ka mong ho ba ntlo ya Zabdi a atamele yaba Modimo o kgetha+ Akane mora wa Karmi, mora wa Zabdi, mora wa Zera wa leloko la Juda. 19 Joshua a re ho Akane: “Mora wa ka ka kopo, tlotlisa Jehova Modimo wa Iseraele mme o ipolele ho yena. Ka kopo mpolelle hore na o entseng. O se ke wa mpatela letho.”

20 Akane a araba Joshua a re: “Ka nnete ke nna ya sitetsweng Jehova Modimo wa Iseraele mme seo ke se entseng ke hore, 21 ha ke bona seaparo se kgethehileng se setle se tswang Shinare+ hara thepa e hapuweng le dikotwana tsa silevera tsa boima ba dikhilokramo tse pedi* le setene se le seng sa kgauta se boima ba dikramo tse 570,* ke ile ka di kgalla yaba ke a di nka. Ke di patile fatshe ka hara tente ya ka mme tjhelete e ka tlasa tsona.”

22 Hanghang Joshua a romela baromuwa yaba ba mathela tenteng. Seaparo se ne se patilwe ka tenteng ya hae mme tjhelete e le ka tlasa sona. 23 Ka hoo, ba ntsha dintho tseo ka tenteng, ba di tlisa ho Joshua le ho Baiseraele bohle mme ba di beha ka pela Jehova. 24 Jwale Joshua le Baiseraele bohle ba nka Akane+ mora wa Zera ha mmoho le silevera, seaparo se kgethehileng le setene sa kgauta+ le bara ba hae, baradi ba hae, dikgomo tsa hae, ditonki tsa hae, mehlape ya hae ya dinku le dipodi, tente ya hae le dintho tsohle tsa hae mme ba di isa Kgohlong* ya Akore.+ 25 Joshua a re: “Ke hobaneng ha o re tliseditse tlokotsi?*+ Le wena Jehova o tla o tlisetsa tlokotsi letsatsing lena.” Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe.+ Ka mora moo, ba ba tjhesa ka mollo.+ Ba ile ba ba bolaya kaofela ka ho ba tlepetsa ka majwe. 26 Ba etsa qubu e kgolo ya majwe hodima hae, e ntseng e le teng ho fihlela letsatsing lena. Yaba bohale ba Jehova bo a kokobela.+ Ke ka lebaka leo sebaka seo se bitswang Kgohlo ya Akore* ho fihlela letsatsing lena.

8 Jehova a re ho Joshua: “O se ke wa tshoha kapa wa thothomela.+ Nka masole ohle mme o yo lwantsha motse wa Ai. Ke nehelane ka morena wa Ai le batho ba hae le motse wa hae le naha ya hae+ letsohong la hao. 2 O fedise Ai le morena wa yona feela jwalo ka ha o ile wa fedisa Jeriko le morena wa yona+ empa le ka inkela thepa ya yona e hapuweng le diphoofolo tsa yona. O behe masole a tla ipata ka mora motse bakeng sa ho hlasela motse.”

3 Ka hoo, Joshua a tsamaya le masole ohle ho ya lwantsha Ai. Joshua a kgetha banna ba 30 000 ba matla mme a ba romela bosiu. 4 A re ho bona: “Le ipate ka mora motse hore le tle le o hlasele. Le se ke la ya hole haholo le motse mme kaofela ha lona le dule le itokisitse. 5 Ke tla atamela motse ha mmoho le masole ohle mme ha ba tla ho rona ho tla re hlasela jwalo ka pele,+ re tla ba baleha. 6 Ha ba re lelekisa, re tla etsa hore ba re lelekise ho fihlela ba le hole le motse wa bona hobane ba tla re, ‘Ba re baleha jwalo ka pele.’+ Le rona re tla ba baleha. 7 Le tlohe moo le ipatileng teng mme le hape motse. Jehova Modimo wa lona o tla etsa hore le o fedise. 8 Hang ha le hapile motse le o tjhese.+ Le etse seo Jehova a le boleletseng sona. Tsena ke ditaelo tseo ke le fang tsona.”

9 Joshua a re ba tsamaye yaba ba ya moo ba yo ipata teng. Ba fihla ba dula pakeng tsa Bethele le Ai, ho elella ka bophirimela ho Ai. Joshua yena a sala le masole a mang bosiung boo.

10 Ka mora hore Joshua a tsohe hoseng haholo mme a bokelle masole, yena le baholo ba Iseraele ba etella masole pele ho ya Ai. 11 Masole ohle+ a neng a ena le yena a nyoloha mme a ya ka pela motse. Ba hloma ditente ho elella ka lehlakoreng le ka leboya la Ai, kgohlo e le pakeng tsa bona le Ai. 12 Ka nako eo, o ne a nkile banna ba ka bang 5 000, a itse ba ipate+ pakeng tsa Bethele+ le Ai, ho elella ka bophirimela ho motse. 13 Ka hoo, masole a hloma ditente ka leboya ho motse+ mme a neng a ipatile a ne a le ka bophirimela ho motse+ yaba Joshua o kena ka hara kgohlo* bosiung boo.

14 Hang ha morena wa Ai a ba bona, yena le banna ba motse ba tswa ka potlako hoseng ho ya lwantsha Baiseraele sebakeng se itseng se ka pela lehwatata.* Empa o ne a sa tsebe hore ho na le masole a ipatileng ka mora motse a neng a tlo mo hlasela. 15 Ha banna ba Ai ba ba hlasela, Joshua le Baiseraele bohle ba baleha ka tsela e yang lefeelleng.+ 16 Yaba banna bohle ba neng ba le motseng ba a bitswa hore ba ba lelekise mme ha ba ntse ba lelekisa Joshua ba ne ba ntse ba ya hole le motse. 17 Banna bohle ba Ai le Bethele ba ile ba tswa ho ya lelekisa Baiseraele, ha ho na monna ya ileng a sala. Ba ile ba siya motse o bulehile mme ba lelekisa Baiseraele.

18 Jehova a re ho Joshua: “Otlolla letsoho o supe motse wa Ai+ ka lerumo le letsohong la hao hobane ke tla etsa hore o e hape.”+ Ka hoo, Joshua a supa motse ka lerumo leo a le tshwereng. 19 Eitse ha banna ba ipatileng ba bona Joshua a otlollotse letsoho, ba ema ka potlako sebakeng sa bona mme ba mathela motseng ba o hapa yaba ba o tjhesa+ hanghang.

20 Ha banna ba Ai ba hetla, ba bona mosi o tswa motseng, o nyolohela mahodimong yaba ba fellwa ke matla hobane ho ne ho se na moo ba ka balehelang teng. Yaba masole a Baiseraele a neng a balehela lefeelleng a sheba ka ho banna ba neng ba ba lelekisa. 21 Ha Joshua le masole ohle a Baiseraele ba bona hore ba neng ba ipatile ba hapile motse mme ba bona motse o kubella mosi, ba sheba ka ho banna ba Ai mme ba ba hlasela. 22 Masole a hapileng motse le ona a tswa motseng, a ba hlasela. Banna ba Ai ba ne ba le dipakeng, Baiseraele ba bang ba le ka lehlakoreng lena mme ba bang ba le ka ho lane yaba ba a ba bolaya mme ha ho a ka ha eba le ya mong ya phonyohang kapa ya balehang.+ 23 Empa ba tshwara morena wa Ai+ a ntse a phela yaba ba mo tlisa ho Joshua.

24 Ha Baiseraele ba qeta ho bolaya baahi bohle ba Ai lefeelleng leo ba neng ba ba lelekisa ho ya ho lona mme ba ba bolaile kaofela ka sabole, jwale Baiseraele bohle ba kgutlela Ai mme ba bolaya ba setseng ka sabole. 25 Letsatsing leo ho ile ha bolawa batho bohle ba Ai ba 12 000, ho tloha ho monna ho ya ho mosadi. 26 Joshua ha a ka a theola letsoho leo a neng a tshwere lerumo+ ka lona ho fihlela a fedisitse+ baahi bohle ba Ai. 27 Ka mora moo, Baiseraele ba ile ba inkela diphoofolo le thepa eo ba e hapileng ya motse oo, ho ya ka ditaelo tseo Jehova a neng a di file Joshua.+

28 Jwale Joshua a tjhesa Ai mme ho fihlela letsatsing lena ho setse qubu ya majwe feela.+ 29 A fanyeha morena wa Ai palong* ho fihlela mantsiboya. Yaba ha letsatsi le le haufi le ho dikela, Joshua a laela hore setopo sa hae se theolwe palong.+ Ba se lahlela keiting ya motse mme ba beha qubu e kgolo ya majwe hodima hae, e ntseng e le teng ho fihlela letsatsing lena.

30 Ka mora moo, Joshua a hahela Jehova Modimo wa Iseraele aletare Thabeng ya Ebale,+ 31 feela jwalo ka ha Moshe mohlanka wa Jehova a ne a laetse Baiseraele le jwalo ka ha bukeng ya Molao+ wa Moshe ho ngotswe mantswe a reng: “Aletare ya majwe a sa thujwang ka thulusi ya tshepe.”+ Ba ne ba nyehela ho Jehova dinyehelo tsa setjheso hodima yona, ba etsa le mahlabelo a kopanetsweng.+

32 Jwale a kopiletsa Molao+ oo Moshe a neng a o ngotse hodima majwe ao ka pela Baiseraele.+ 33 Baiseraele bohle, baholo ba bona, balaodi le baahlodi ba bona ba ne ba eme ka mahlakoreng a mabedi a Areka ka pela baprista ba Balevi ba neng ba jere areka ya selekane sa Jehova. Baditjhaba ha mmoho le Baiseraele+ ba ne ba le moo. Halofo e nngwe ya bona e ne e le ka pela Thaba ya Gerizime mme halofo e nngwe ya bona e le ka pela Thaba ya Ebale+ (feela jwalo ka ha Moshe mohlanka wa Jehova a ne a laetse),+ ho hlohonolofatsa setjhaba sa Iseraele. 34 Ka mora moo, a balla hodimo mantswe ohle a Molao,+ ditlhohonolofatso+ le dithohako,+ ho ya ka sohle se ngotsweng bukeng ya Molao. 35 Joshua o ile a balla hodimo ditaelo tsohle tseo Moshe a neng a di laetse. A di bala ka pela phutheho yohle ya Iseraele,+ ho bile ho ena le basadi le bana le baditjhaba+ ba neng ba dula* le bona.+

9 Ha marena ohle a neng a le ka lehlakoreng le ka bophirimela ho Jordane,+ a dulang dithabeng le a dulang Shefela le pela lebopo lohle la Lewatle le Leholo*+ le ka pela Lebanone, a utlwa ka se etsahetseng, marena ana a Bahethe, Baamore, Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ 2 a ile a ikopanya hore a lwantshe Joshua le Baiseraele.+

3 Baahi ba Gibeone+ le bona ba utlwa ka seo Joshua a neng a se entse Jeriko+ le Ai.+ 4 Ka hoo, ba tla ka leqheka. Ba kenya mefaho ka hara mekotla ya kgale, ba e beha hodima ditonki tsa bona ha mmoho le makuka* a veine a kgale a neng a phatlohile mme a rokilwe. 5 Hape ba ne ba rwetse dieta* tsa kgale tse seng di rokilwe ebile di lapilwe, ba apere diaparo tsa kgale tse tabohileng. Bohobe bohle boo ba neng ba bo nkile bo ne bo omeletse bo bile bo foforeha. 6 Jwale ba ya ho Joshua diahelong tse Gilgale+ mme ba re ho yena le ho banna ba Iseraele: “Re tswa naheng e hole. Etsang tumellano le rona.” 7 Empa banna ba Iseraele ba re ho Baheve:+ “Mohlomong le dula naheng e haufi le rona, re ka etsa tumellano jwang le lona?”+ 8 Ba re ho Joshua: “Re bahlanka* ba hao.”

Joshua a re ho bona: “Le bomang hona le tswa hokae?” 9 Ba re ho yena: “Bahlanka ba hao ba tswa naheng e hole haholo+ ka lebaka la lebitso la Jehova Modimo wa hao hobane re utlwile ka botumo ba hae le ka dintho tsohle tseo a di entseng Egepeta+ 10 le ka dintho tsohle tseo a di entseng ho marena a mabedi a Baamore a neng a le ka lehlakoreng lane* la Jordane e leng Morena Sihone+ wa Heshbone le Morena Oge+ wa Bashane, ya neng a le Ashtarothe. 11 Ka hoo, baholo ba rona le baahi bohle ba naha ya rona ba ile ba re ho rona, ‘Nkang mefaho bakeng sa leeto mme le tsamaye le yo kopana le bona. Le re ho bona: “Re tla ba basebeletsi ba lona.+ Etsang tumellano le rona.”’+ 12 Bohobe bona boo re bo nkileng e le mefaho ya rona, bo ne bo ntse bo tjhesa ha re tloha matlong a rona re tla mona ho lona. Jwale le a bo bona hore bo omeletse ebile bo a foforeha.+ 13 Makuka* ana a veine a ne a le matjha ha re a tlatsa empa hona jwale a phatlohile.+ Diaparo tsa rona le dieta* tsa rona di tabohile ebile di senyehile hobane re tsamaile leeto le le lelele.”

14 Yaba banna ba Iseraele ba nka* e meng ya mefaho ya bona empa ha ba a ka ba botsa Jehova+ hore na ba etseng. 15 Ka hoo, Joshua a etsa kgotso le bona+ mme a etsa tumellano le bona ya hore a ke ke a ba bolaya. Dikgosana tsa setjhaba tsa ikana hore di tla tshepahalla tumellano eo.+

16 Matsatsi a mararo ka mora hore ba etse tumellano le bona, ba ile ba utlwela hore ba dula sebakeng se haufinyane le bona. 17 Jwale Baiseraele ba tloha yaba ba fihla metseng ya bona letsatsing la boraro. Metse ya bona e ne e le Gibeone,+ Kefira, Beerothe le Kiriathe-jearime.+ 18 Empa Baiseraele ha ba a ka ba ba hlasela hobane dikgosana tsa setjhaba di ne di ikanne ka Jehova+ Modimo wa Iseraele. Ka hoo, setjhaba sohle sa qala ho korotlela dikgosana. 19 Yaba dikgosana tsohle di re ho setjhaba: “Ka ha re ile ra ikana ho bona ka Jehova Modimo wa Iseraele, ha re a dumellwa ho ba utlwisa bohloko. 20 Jwale re tla etsa tjena: Re tla ba tlohela hore ba phele e le hore Modimo a se ke a re halefela ka lebaka la kano eo re e entseng ho bona.”+ 21 Dikgosana tsa boela tsa re: “Le se ke la ba bolaya empa mosebetsi wa bona e tla ba ho rwalla patsi le ho kga metsi bakeng sa setjhaba.” Ena ke qeto eo dikgosana di e entseng mabapi le bona.

22 Jwale Joshua a ba bitsa mme a re ho bona: “Ke hobaneng ha le ile la re qhekella la re le tswa hole empa le ntse le dula haufi le rona moo?+ 23 Ho tloha hona jwale ho ya pele, le rohakilwe+ mme le tla dula le le makgoba a rwallang patsi le a kgang metsi bakeng sa ntlo ya Modimo wa ka.” 24 Ba araba Joshua ba re: “Ke hobane bahlanka ba hao ba ile ba bolellwa ka ho hlakileng hore Jehova Modimo wa hao o laetse mohlanka wa hae Moshe hore o lokela ho le fa naha yohle le ho fedisa baahi bohle ba yona hore ba tlohe ka pela lona.+ Ka hoo, re ne re tshohile hore le tlo re bolaya,+ ke ka lebaka leo re entseng ntho ena.+ 25 Jwale re mohaung wa hao.* Etsa eng kapa eng ka rona eo o bonang e lokile ebile e nepahetse.” 26 Joshua a etsa jwalo, a ba lopolla matsohong a Baiseraele mme ha ba a ka ba ba bolaya. 27 Empa letsatsing leo, Joshua a ba etsa ba rwallang patsi le ba kgang metsi bakeng sa setjhaba+ le bakeng sa aletare ya Jehova sebakeng seo Modimo a neng a tla se kgetha+ mme ba ntse ba etsa jwalo le letsatsing lena.+

10 Hang ha Morena Adoni-zedeke wa Jerusalema a utlwa hore Joshua o hapile Ai le hore o e fedisitse, o entse Ai le morena wa yona+ seo a ileng a se etsa Jeriko le morena wa yona+ le hore baahi ba Gibeone ba entse kgotso le Baiseraele+ mme ba dula le bona, 2 a tshoha haholo+ hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, e tshwana le o mong wa metse ya borena. E ne e le kgolo ho feta Ai+ mme banna bohle ba yona ba ne ba le matla. 3 Ka hoo, Adoni-zedeke morena wa Jerusalema a romela molaetsa ona ho Hohame morena wa Hebrone,+ ho Pirame morena wa Jarmuthe, ho Jafia morena wa Lakishe le ho Debire morena wa Eglone+ a re: 4 “Nthuseng re hlasele Gibeone hobane e entse kgotso le Joshua le Baiseraele.”+ 5 Yaba marena a mahlano a Baamore+ e leng morena wa Jerusalema, morena wa Hebrone, morena wa Jarmuthe, morena wa Lakishe le morena wa Eglone, a kopana ha mmoho le masole a ona mme a ya Gibeone ho ya e lwantsha.

6 Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua diahelong Gilgale+ ba re: “O se ke wa lahla* makgoba a hao.+ Tloo kapele! Re pholose mme o re thuse! Marena ohle a Baamore a tswang dithabeng a re futuhetse.” 7 Ka hoo, Joshua a nyoloha a tswa Gilgale a ena le masole ohle le banna bohle ba matla.+

8 Jehova a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba+ hobane ke nehelane ka bona ho wena.+ Ha ho le ya mong wa bona ya tla o hlola.”+ 9 Joshua le masole a hae ba tsamaya bosiu kaofela ho tloha Gilgale mme ba hlasela dira tsa bona di sa lebella. 10 Jehova a di ferekanya ka pela Baiseraele+ mme ba di bolaya ka bongata Gibeone, ba di lelekisa tseleng e moepa ya Bethe-horone mme ba di bolaya ho ya fihla Azeka le Makeda. 11 Ha dira tsa Baiseraele di ntse di ba baleha mme di le motheong wa Bethe-horone, Jehova a di nesetsa sefako se seholo ho ya fihla Azeka mme tsa shwa. Ha e le hantle, ba bolailweng ke sefako ba ne ba le bangata ho feta bao Baiseraele ba ba bolaileng ka sabole.

12 Jwale, letsatsing leo ka lona Jehova a ileng a fedisa Baamore ka pela Baiseraele, Joshua o ile a bua le Jehova ka pela Baiseraele a re:

“Letsatsi, ema+ hodima Gibeone,+

Wena kgwedi, o se ke wa sisinyeha hodima Kgohlo* ya Ajalone!”

13 Ka hoo, letsatsi la ema tsi! le kgwedi ya se ke ya sisinyeha ho fihlela setjhaba se ipheteditse ho dira tsa sona. Na ha ho a ngolwa bukeng ya Jashare?+ Letsatsi la ema bohareng ba lehodimo mme la se ke la potlakela ho dikela hoo e ka bang letsatsi lohle. 14 Ha ho eso ka ho eba le letsatsi le tshwanang le leo, leo ka lona Jehova a ileng a mamela lentswe la motho+ ebang ke pele ho lona kapa ka mora lona hobane Jehova o ne a lwanela Baiseraele.+

15 Ka mora moo, Joshua le masole ohle a Iseraele ba kgutlela ditenteng tsa bona tse Gilgale.+

16 Ka nako eo, marena a mahlano a baleha mme a ipata lehaheng Makeda.+ 17 Joshua a bolellwa molaetsa o reng: “Marena a mahlano a fumanwe a ipatile lehaheng Makeda.”+ 18 Joshua a re: “Thetelang majwe a maholo molomong wa lehaha mme le behe banna hore ba a lebele. 19 Empa lona ba bang le se ke la ema. Lelekisang dira tsa lona mme le di hlasele.+ Le se ke la di dumella ho kena metseng ya tsona hobane Jehova Modimo wa lona o nehelane ka tsona matsohong a lona.”

20 Ka mora hore Joshua le Baiseraele ba bolaye dira tsa bona tse ngata, hoo ba batlileng ba ba bolaya kaofela, ntle le ba ileng ba phonyoha mme ba balehela metseng e sireleditsweng ka marako, 21 banna bohle ba kgutlela ho Joshua diahelong tse Makeda ba bolokehile. Ka mora moo, ha ho na motho le ya mong ya ileng a bua* ntho le ha e le efe ho tshosa Baiseraele. 22 Jwale Joshua a re: “Bulang molomo wa lehaha mme le ntshe marena ao a mahlano ka lehaheng le a tlise ho nna.” 23 Ka hoo, ba ntsha marena ana a mahlano ka lehaheng mme ba a tlisa ho yena: morena wa Jerusalema, morena wa Hebrone, morena wa Jarmuthe, morena wa Lakishe le morena wa Eglone.+ 24 Ha ba se ba tlisitse marena ana ho Joshua, a bitsa banna bohle ba Iseraele mme a re ho balaodi ba masole a neng a tsamaile le yena: “Tloong le hate marena ana melaleng.”* Ka hoo, ba atamela mme ba a hata melaleng.+ 25 Yaba Joshua o re ho bona: “Le se ke la tshoha kapa la thothomela.+ Ebang sebete mme le be matla hobane sena ke seo Jehova a tla se etsa ho dira tsohle tsa lona tseo le di lwantshang.”+

26 Joshua a bolaya marena ao, a a fanyeha dipalong* tse hlano yaba a dula a leketlile dipalong ho fihlela mantsiboya. 27 Ha letsatsi le dikela Joshua a laela hore ba a theole dipalong+ mme ba a lahlele ka lehaheng leo a neng a ipatile ho lona. Jwale ba beha majwe a maholo molomong wa lehaha mme a ntse a le teng ho fihlela letsatsing lena.

28 Joshua a hapa Makeda+ letsatsing leo mme a e lwantsha ka sabole. A bolaya morena wa yona le batho bohle ba dulang ho yona. Ha ho a ka ha eba le motho ya phonyohang.+ A bolaya morena wa Makeda+ feela jwalo ka ha a ile a bolaya morena wa Jeriko.

29 Joshua le masole ohle a Iseraele ba tloha Makeda ba ya Libna mme ba lwantsha Libna.+ 30 Le yona Jehova o ile a nehelana ka yona le morena wa yona+ matsohong a Baiseraele yaba ba e hlasela ka sabole ha mmoho le motho e mong le e mong ya dulang moo. Ha ho a ka ha eba le motho ya phonyohang ho yona. Ka hoo, ba bolaya morena wa yona feela jwalo ka ha ba ile ba bolaya morena wa Jeriko.+

31 Ka mora moo, Joshua le masole ohle a Iseraele ba tloha Libna ba ya Lakishe+ mme ba hloma ditente tsa bona moo yaba ba a e lwantsha. 32 Jehova a nehelana ka Lakishe matsohong a Baiseraele mme ba e hapa letsatsing la bobedi. Ba hlasela yona le motho e mong le e mong ya dulang moo ka sabole+ feela jwalo ka ha ba ne ba entse Libna.

33 Horame morena wa Gezere+ a nyoloha ho ya thusa Lakishe, empa Joshua a mo bolaya le masole a hae ho fihlela ho se na ya setseng.

34 Joshua le masole ohle a Iseraele ba tloha Lakishe ba ya Eglone+ mme ba hloma ditente tsa bona moo yaba ba a e lwantsha. 35 Ba e hapa letsatsing leo mme ba e hlasela ka sabole. Ba fedisa motho e mong le e mong ya dulang moo letsatsing leo feela jwalo ka ha ba ne ba entse Lakishe.+

36 Joshua le masole ohle a Iseraele ba nyoloha ho tloha Eglone ho ya Hebrone+ mme ba e lwantsha. 37 Ba e hapa mme ba hlasela morena wa yona, metse ya yona le motho e mong le e mong ya dulang moo ka sabole. Ha ho a ka ha eba le motho ya phonyohang. A e fedisa ha mmoho le batho bohle ba dulang ho yona feela jwalo ka ha a ne a entse Eglone.

38 Qetellong Joshua le masole ohle a Iseraele ba kgutlela Debire+ mme ba e lwantsha. 39 A e hapa le morena wa yona le metse yohle ya yona mme ba ba hlasela ka sabole, ba bolaya+ motho e mong le e mong ya dulang moo. Ha ho a ka ha eba le motho ya phonyohang.+ Ntho eo Joshua a ileng a e etsa Hebrone le Libna le morena wa yona, o ile a e etsa ho Debire le ho morena wa yona.

40 Joshua a hlola dibaka tsohle tse dithabeng, Negebe, Shefela+ le dibaka tse moepeng le marena ohle a tsona. Ha ho a ka ha eba le motho ya phonyohang. A fedisa batho bohle+ feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa Iseraele a ne a laetse.+ 41 Joshua a ba hlola ho tloha Kadeshe-barnea+ ho ya Gaza+ le naheng yohle ya Goshene+ le ho ya fihla Gibeone.+ 42 Joshua a hlola marena ana ohle mme a hapa naha ya ona kaofela ka nako e le nngwe hobane ke Jehova Modimo wa Iseraele ya neng a lwanela Baiseraele.+ 43 Ka mora moo, Joshua le masole ohle a Iseraele ba kgutlela ditenteng tsa bona tse Gilgale.+

11 Hang ha Jabine morena wa Hazore a utlwa ditaba tsena, a romela molaetsa ho Jobabe morena wa Madone,+ ho morena wa Shimrone, ho morena wa Akshafe+ 2 le ho marena a neng a le dithabeng tse ka leboya, a dithoteng* tse ka borwa ho Kinerethe, a Shefela le moepeng wa Dore+ ho ya ka bophirimela. 3 A o romela le ho Bakanana+ ba leng ka botjhabela le ka bophirimela, Baamore,+ Bahethe, Bapereze, Bajebuse ba dithabeng le Baheve+ botlaseng ba Hermone+ naheng ya Mizpa. 4 Marena ao ohle a tloha le masole ohle a ona, a le mangata jwalo ka lehlabathe le lebopong la lewatle ha mmoho le dipere tse ngata haholo le dikariki tsa ntwa. 5 Marena ana ohle a dumellana hore a kopane yaba a a tla mme a hloma ditente metsing a Merome ho lwantsha Baiseraele.

6 Jehova a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba+ hobane hosane hoo e ka bang ka nako ena, ke tla nehelana ka bona kaofela ho Baiseraele hore ba ba bolaye. O kgaole dipere tsa bona mesifa+ mme o tjhese dikariki tsa bona mollong.” 7 Joshua ha mmoho le masole ohle ba ba hlasela ba sa lebella metsing a Merome. 8 Jehova a nehelana ka bona matsohong a Baiseraele+ mme ba ba hlola le ho ba lelekisa ho ya fihla Sidone e Kgolo+ le Misrefothe-maime+ le Kgohlo ya Mizpe ho ya ka botjhabela mme ba ba bolaya ho fihlela ba shwele kaofela.+ 9 Ka mora moo, Joshua a etsa seo Jehova a neng a itse a se etse ho bona. A kgaola mesifa ya dipere tsa bona mme a tjhesa dikariki tsa bona tsa ntwa mollong.+

10 Ho feta moo, Joshua a kgutla mme a hapa Hazore yaba o bolaya morena wa yona ka sabole+ hobane pele ho moo Hazore e ne e le hlooho ya mebuso ena yohle. 11 Ba bolaya batho bohle ba dulang moo ka sabole, ba ba fedisa.+ Ba ile ba ba bolaya kaofela.+ Yaba ba tjhesa Hazore ka mollo. 12 Joshua a hapa metse yohle ya marena ana mme a hlola marena ohle a yona ka sabole.+ A a fedisa+ feela jwalo ka ha Moshe mohlanka wa Jehova a ne a laetse. 13 Le ha ho le jwalo, Baiseraele ha ba a ka ba tjhesa metse le ha e le efe e neng e le hodima maralla a manyenyane. Ke Hazore feela eo Joshua a ileng a e tjhesa. 14 Baiseraele ba ile ba inkela thepa yohle ya metse ena le diphoofolo tsa yona.+ Empa ba ile ba bolaya batho bohle ka sabole ho fihlela ba ba fedisitse kaofela.+ Ha ho na motho eo ba ileng ba mo siya a phela.+ 15 Feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse mohlanka wa hae Moshe yaba Moshe le yena o laela Joshua,+ Joshua a etsa jwalo. O ile a etsa ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a neng a e laetse Moshe.+

16 Joshua a hapa naha ena yohle, sebaka se dithaba, Negebe yohle,+ naha yohle ya Goshene, Shefela,+ Araba+ le sebaka se dithaba sa Iseraele le Shefela ya yona.* 17 A hapa marena ohle a yona ho tloha Thabeng ya Halake, e nyolohelang Seire le ho ya fihla Baale-gade+ Kgohlong ya Lebanone botlaseng ba Thaba ya Hermone.+ A a hlola le ho a bolaya. 18 Joshua a lwana le marena ana ohle ka nako e telele. 19 Ha ho na motse o ileng wa etsa kgotso le Baiseraele ntle le Baheve ba dulang Gibeone.+ Ba ile ba hlola metse e meng yohle ka ho e lwantsha.+ 20 Jehova ke yena ya ileng a etsa hore ba be manganga+ mme ba lwantshe Baiseraele e le hore a ba fedise mme a se ke a ba hauhela.+ Ba ne ba lokela ho fediswa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.+

21 Ka nako eo, Joshua a fedisa Baanake+ sebakeng se dithaba ho tloha Hebrone, Debire, Anabe, dithabeng tsohle tsa Juda le dithabeng tsohle tsa Iseraele. Joshua a ba fedisa ha mmoho le metse ya bona.+ 22 Ha ho na Baanake ba ileng ba sala naheng ya Baiseraele. Ba ile ba sala+ Gaza,+ Gathe+ le Ashdode+ feela. 23 Ka hoo, Joshua a hapa naha yohle feela jwalo ka ha Jehova a ne a tshepisitse Moshe+ mme Joshua a fana ka yona e le lefa ho Baiseraele ka dikarolo tsa yona hore ba e arolelwe ho ya ka maloko a bona.+ Yaba dintwa di a fela naheng eo.+

12 Ana ke marena a naha ao Baiseraele ba ileng ba a hlola, ao ba ileng ba nka naha ya ona ka lehlakoreng le ka botjhabela la Jordane ho tloha Kgohlong ya Arnone+ ho fihlela Thabeng ya Hermone+ le Araba yohle ka botjhabela:+ 2 Morena Sihone+ wa Baamore, ya neng a dula Heshbone o ne a busa motse wa Aroere,+ o neng o le lebopong la Kgohlo ya Arnone.+ Sebaka sohle ho tloha bohareng ba Kgohlo ya Arnone ho ya fihla Kgohlong ya Jaboke se ne se buswa ke yena. O ne a busa halofo ya Gileade. Kgohlo* ya Jaboke e ne e boetse e le moedi wa Baamone. 3 O ne a boetse a busa lehlakore le ka botjhabela la Araba ho ya fihla Lewatleng la Kinerethe*+ le ho ya fihla Lewatleng la Araba e leng Lewatle la Letswai,* ho ya ka botjhabela ba Bethe-jeshimothe le ka borwa tlasa moepa wa Pisga.+

4 Le naha ya Morena Oge+ wa Bashane, eo e neng e le wa ho qetela ho Barefaime+ le ya neng a dula Ashtarothe le Edrei 5 mme a busa Thabeng ya Hermone le Salka le Bashane yohle,+ ho ya fihla moeding wa Bageshure le Bamakathe+ le halofo ya Gileade, ho ya naheng ya Morena Sihone wa Heshbone.+

6 Moshe mohlanka wa Jehova le Baiseraele ba ile ba hlola marena ana+ yaba ka mora moo Moshe mohlanka wa Jehova o fana ka naha ya ona e le lefa ho Barubene, Bagade le ho halofo ya leloko la Manase.+

7 Ana ke marena a naha ao Joshua le Baiseraele ba ileng ba a hlola lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane ho tloha Baale-gade+ Kgohlong ya Lebanone+ ho ya fihla Thabeng ya Halake,+ e nyolohelang Seire+ yaba Joshua o fana ka naha ya ona ho maloko a Iseraele e le lefa ka dikarolo tsa yona.+ 8 Dinaha tsena di ne di akarelletsa tse sebakeng se dithaba, Shefela, Araba, meepeng, lefeelleng le Negebe+ e leng naha ya Bahethe, Baamore,+ Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse:+

 9 Morena wa Jeriko,+ morena wa Ai+ e neng e le ka thoko ho Bethele,

10 morena wa Jerusalema, morena wa Hebrone,+

11 morena wa Jarmuthe, morena wa Lakishe,

12 morena wa Eglone, morena wa Gezere,+

13 morena wa Debire,+ morena wa Gedere,

14 morena wa Horma, morena wa Arade,

15 morena wa Libna,+ morena wa Adulame,

16 morena wa Makeda,+ morena wa Bethele,+

17 morena wa Tapua, morena wa Hefere,

18 morena wa Afeke, morena wa Lasharone,

19 morena wa Madone, morena wa Hazore,+

20 morena wa Shimrone-merone, morena wa Akshafe,

21 morena wa Tanake, morena wa Megido,

22 morena wa Kedeshe, morena wa Jokneame+ e Karmele,

23 morena wa Dore moepeng wa Dore,+ morena wa Goime e Gilgale,

24 morena wa Tirza, kaofela e le marena a 31.

13 Joshua o ne a se a tsofetse mme dilemo tsa hae di se di ile.+ Ka hoo, Jehova a re ho yena: “O se o tsofetse le dilemo tsa hao di se di ile empa ho sa na le karolo e kgolo ya naha e lokelang ho haptjwa. 2 Ena ke naha e ntseng e setse:+ Dibaka tsohle tsa Bafilista le Bageshure bohle+ 3 (ho tloha lekaleng la Nile* le ka botjhabela ho* Egepeta ho fihlela ka leboya moeding wa Ekrone, e neng e nkwa e le sebaka sa Bakanana)+ ho kopanyelletsa le dibaka tsa marena a mahlano a Bafilista+ e leng tsa Bagaza, Baashdode,+ Baashkelone,+ Bagathe+ le Baekrone+ le tsa Baavime+ 4 ho ya ka borwa le naha yohle ya Bakanana le Meara ya Basidone+ ho ya fihla Afeke, ho fihlela moeding wa Baamore 5 le naha ya Bagebale+ le Lebanone yohle ka botjhabela, ho tloha Baale-gade botlaseng ba Thaba ya Hermone ho ya Lebo-hamathe*+ 6 baahi bohle ba sebaka se dithaba ho tloha Lebanone+ ho ya Misrefothe-maime+ le Basidone bohle.+ Ke tla ba leleka ka pela Baiseraele.+ Ntho feela eo o lokelang ho e etsa ke ho abela Baiseraele naha eo e le lefa feela jwalo ka ha ke o laetse.+ 7 Jwale o arolele maloko a robong le halofo ya leloko la Manase naha ena e le lefa.”+

8 Barubene le Bagade ha mmoho le halofo e nngwe ya leloko la Manase, ba ile ba nka lefa la bona leo Moshe a ileng a ba fa lona ka lehlakoreng le ka botjhabela la Jordane feela jwalo ka ha Moshe mohlanka wa Jehova a ba file lona:+ 9 Ho tloha Aroere+ e lebopong la Kgohlo ya Arnone+ le motse o ka hara kgohlo le sebaka sohle se phahameng* sa Medeba ho ya fihla Dibone 10 le metse yohle ya Morena Sihone wa Baamore ya neng a busa Heshbone, ho fihlela moeding wa Baamone+ 11 le Gileade le naha ya Bageshure le Bamakathe+ le Thaba yohle ya Hermone le Bashane yohle+ ho ya fihla Salka,+ 12 sebaka sohle sa Bashane se buswang ke Oge ya neng a busa Ashtarothe le Edrei. (E ne e le wa ho qetela ho Barefaime.)+ Moshe o ile a hlola baahi ba dibaka tsena mme a ba leleka.+ 13 Empa Baiseraele ha ba a ka ba leleka+ Bageshure le Bamakathe hobane Bageshure le Bamakathe ba ntse ba dula hara Baiseraele ho fihlela letsatsing lena.

14 Ke leloko la Balevi feela leo a sa kang a le fa lefa.+ Dinyehelo tse tjhesetswang Jehova Modimo wa Iseraele ke lefa la bona+ feela jwalo ka ha a ba tshepisitse.+

15 Jwale Moshe a fa leloko la Barubene lefa ho ya ka malapa a lona 16 mme naha ya bona e ne e tloha Aroere, e lebopong la Kgohlo ya Arnone le motse o ka hara kgohlo le sebaka sohle se phahameng* sa Medeba 17 le Heshbone le metseng yohle ya yona+ e sebakeng se phahameng, Dibone, Bamothe-baale, Bethe-baale-meone,+ 18 Jahaze,+ Kedemothe,+ Mefathe,+ 19 Kiriathaime, Sibma+ le Zerethe-shahare thabeng ya kgohlo,* 20 Bethe-peore, moepeng wa Pisga,+ Bethe-jeshimothe,+ 21 metseng yohle e sebakeng se phahameng le sebakeng sohle se buswang ke Morena Sihone wa Baamore ya neng a busa Heshbone.+ Moshe o ile a mo hlola+ a ba a hlola le dikgosana tsa Midiane e leng Evi, Rekeme, Zure, Hure le Reba+ ba neng ba buswa* ke Sihone mme ba dula naheng eo. 22 Balame+ mora wa Beore, senohe,+ ke e mong wa batho bao Baiseraele ba ileng ba ba bolaya ka sabole. 23 Moedi wa Barubene e ne e le Jordane. Naha ena e ne e le lefa la Barubene ka malapa a bona ha mmoho le metse le metsana ya yona.

24 Ho feta moo, Moshe o ne a file leloko la Gade lefa ho ya ka malapa a lona. 25 Naha ya bona e ne e akarelletsa Jazere+ le metse yohle ya Gileade le halofo ya naha ya Baamone+ ho ya fihla Aroere e shebaneng le Raba+ 26 le ho tloha Heshbone+ ho ya Ramathe-mizpe le Betonime le ho tloha Mahanaime+ ho ya moeding wa Debire 27 le kgohlong,* Bethe-harame, Bethe-nimra,+ Sukothe+ le Zafone e leng tse ding tsa dibaka tse buswang ke Morena Sihone wa Heshbone,+ Jordane e le moedi ho tloha lebopong la Lewatle la Kinerethe*+ ka lehlakoreng le ka botjhabela la Jordane. 28 Lena e ne e le lefa la Bagade ka malapa a bona ha mmoho le metse le metsana ya yona.

29 Ho ekelletsa moo, Moshe a fa halofo ya leloko la Manase lefa ho ya ka malapa a bona.+ 30 Naha ya bona e ne e tloha Mahanaime+ mme e akarelletsa Bashane yohle, sebaka sohle se buswang ke Morena Oge wa Bashane le metse yohle ya ditente ya Jaire+ e Bashane, metse e 60. 31 Halofo ya Gileade le Ashtarothe le Edrei,+ metse e buswang ke Oge e Bashane, ya ya ho bara ba Makire+ mora wa Manase, ho halofo ya bara ba Makire ka malapa a bona.

32 Ana ke mafa ao Moshe a ileng a ba fa ona lehwatateng la Moabe ka nqane ho Jordane, ka botjhabela ho Jeriko.+

33 Empa Moshe ha a ka a fa leloko la Balevi lefa.+ Jehova Modimo wa Iseraele ke lefa la bona feela jwalo ka ha a ba tshepisitse.+

14 Sena ke seo Baiseraele ba ileng ba se nka e le lefa naheng ya Kanana, eo moprista Eleazare le Joshua mora wa Nune le dihlooho tsa matlo a bontate ba maloko a Baiseraele ba ileng ba ba fa yona e le lefa.+ 2 Lefa la bona le ile la ajwa ka lotho+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse a sebedisa Moshe bakeng sa maloko a robong le halofo.+ 3 Moshe o ne a file maloko a mang a mabedi le halofo lefa la bona ka lehlakoreng le leng* la Jordane+ mme ha a ka a fa Balevi lefa.+ 4 Ditloholo tsa Josefa e ne e le maloko a mabedi,+ Manase le Efraime+ mme ha ba a ka ba fa Balevi karolo naheng, haese metse+ hore ba dule ho yona le makgulo a bona bakeng sa diphoofolo tsa bona le thepa ya bona.+ 5 Ka hoo, Baiseraele ba arola naha feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

6 Jwale banna ba Juda ba atamela Joshua Gilgale+ mme Kalebe+ mora wa Jefune Mokenize a re ho yena: “O tseba hantle seo Jehova a se boleletseng+ Moshe mohlanka wa Modimo wa nnete+ mabapi le nna le wena Kadeshe-barnea.+ 7 Ke ne ke le dilemo di 40 ha Moshe mohlanka wa Jehova a nthoma ho tswa Kadeshe-barnea ho ya hlwela* naha.+ Ha ke kgutla ke ile ka mo bolella ntho e nngwe le e nngwe eo ke e boneng.+ 8 Le hoja bana beso ba ileng ba nyoloha le nna ba ile ba nyahamisa* setjhaba, nna ke ile ka latela Jehova Modimo ka pelo yohle.*+ 9 Moshe o ile a hlapanya letsatsing leo a re: ‘Naha eo leoto la hao le tsamaileng hodima yona e tla ba lefa le tla dula le le teng bakeng sa hao le bara ba hao hobane o latetse Jehova Modimo wa ka ka pelo yohle.’+ 10 Jehova o phethile tshepiso ya hae+ ka ho mpoloka ke phela+ ka dilemo tsena tse 45, ho tloha ha Jehova a etsa tshepiso ena ho Moshe ha Baiseraele ba ntse ba tsamaya lefeelleng.+ Le kajeno ke ntse ke le teng mme ke dilemo di 85. 11 Kajeno ke matla jwalo ka letsatsing leo Moshe a ileng a nthoma ka lona. Ke ntse ke ena le matla jwalo ka mehleng eo, matla a ho lwana le a ho etsa dintho tse ding. 12 Ka hoo, mphe sebaka sena se dithaba seo Jehova a ileng a ntshepisa sona letsatsing leo. Le hoja o ile wa utlwa letsatsing leo hore ho ne ho ena le Baanake+ moo le metse e meholo e sireleditsweng ka marako,+ ka sebele* Jehova o tla ba le nna+ mme ke tla ba leleka feela jwalo ka ha Jehova a tshepisitse.”+

13 Ka hoo, Joshua a mo hlohonolofatsa mme a fa Kalebe mora wa Jefune sebaka sa Hebrone e le lefa.+ 14 Ke ka lebaka leo Hebrone e leng lefa la Kalebe mora wa Jefune Mokenize ho fihlela letsatsing lena hobane o ile a latela Jehova Modimo wa Iseraele ka pelo yohle.+ 15 Lebitso la Hebrone pele ho moo e ne e le Kiriathe-arba+ (Arba e ne e le monna ya tsebahalang hara Baanake). Yaba dintwa di a fela naheng eo.+

15 Naha e abetsweng*+ leloko la Juda bakeng sa malapa a lona e ne e fihla moeding wa Edomo,+ lefeelleng la Zine ho ya qetellong e ka borwa ya Negebe. 2 Moedi wa lona o ka borwa o ne o tloha qetellong ya Lewatle la Letswai*+ ho tloha lebopong* le shebileng ka borwa. 3 O ne o tswela pele ho ya fihla ka borwa moepeng wa Akrabime,+ o fetela Zine ebe o nyoloha ho tloha borwa ho ya Kadeshe-barnea+ o ya Hezrone ho ya fihla Adare mme o potoloha ho ya Karka. 4 Moedi oo o ne o fetela Azmone+ o fihla Kgohlong* ya Egepeta+ mme o fella Lewatleng.* Ona e ne e le moedi wa bona o ka borwa.

5 Moedi o ka botjhabela e ne e le Lewatle la Letswai* ho ya qetellong ya Jordane mme moedi o khoneng e ka leboya o ne o le lebopong* la lewatle qetellong ya Jordane.+ 6 Moedi o ne o nyolohela Bethe-hogla+ mme o feta ka leboya ho Bethe-araba,+ o nyolohela lejweng la Bohane+ mora wa Rubene. 7 Moedi o ne o nyolohela Debire Kgohlong* ya Akore+ mme o thinyetsa ka leboya ho Gilgale,+ e ka pela moepa wa Adumime e ka borwa ho kgohlo mme o ne o fetela metsing a Ene-shemeshe+ o fella Ene-rogele.+ 8 Moedi o ne o nyolohela Kgohlong ya Mora wa Hinome+ ho ya moepeng wa Bajebuse+ ka borwa e leng Jerusalema.+ O nyolohela ka hodima thaba e shebileng Kgohlo ya Hinome ho ya ka bophirimela e leng qetellong ya Kgohlo* ya Barefaime ho ya ka leboya. 9 Moedi wa tshwauwa ho tloha ka hodima thaba ho ya sedibeng sa metsi a Neftowa,+ wa fihla metseng ya Thaba ya Efrone mme wa tshwauwa ho ya Baala e leng Kiriathe-jearime.+ 10 Moedi o ne o potoloha ho tloha Baala ka bophirimela ho ya Thabeng ya Seire mme o fetela moepeng wa Thaba ya Jearime ka leboya e leng Kesalone, o ne o theohela Bethe-shemeshe+ o bile o fetela Timna.+ 11 Moedi o ne o tswela pele ho fihla moepeng wa Ekrone+ ho ya ka leboya hape o ile wa tshwauwa ho ya Shikrone le ho fetela Thabeng ya Baala ho ya fihla Jabniele mme wa fella lewatleng.

12 Moedi o ka bophirimela o ne o le Lewatleng le Leholo*+ ha mmoho le lebopong la lona. Ona e ne e le moedi wa ditloholo tsa Juda ho ya ka malapa a tsona ka mahlakoreng ohle.

13 Joshua a fa Kalebe+ mora wa Jefune karolo hara ditloholo tsa Juda ka taelo ya Jehova e leng Kiriathe-arba (Arba e ne e le ntate wa Anake) e leng Hebrone.+ 14 Ka hoo, Kalebe a leleka bara ba bararo ba Anake moo:+ Sheshai, Akimane le Talmai+ ditloholo tsa Anake. 15 A nyoloha ho tloha moo ho ya lwantsha baahi ba Debire.+ (Pele ho moo Debire e ne e bitswa Kiriathe-sefere.) 16 Kalebe a re: “Monna ya tla hlasela Kiriathe-sefere mme a e hapa ke tla mo fa moradi wa ka Aksa hore e be mosadi wa hae.” 17 Othniele+ mora wa Kenaze,+ ngwanabo Kalebe a e hapa. Ka hoo, a mo fa moradi wa hae Aksa+ hore e be mosadi wa hae. 18 Ha ba le tseleng e yang hae, Aksa a phehella monna wa hae hore a kope tshimo ho ntate wa hae. Aksa a theoha hodima tonki.* Kalebe a re ho yena: “O batlang?”+ 19 Yaba o re: “Ke kopa o ntlhohonolofatse ka ha o mphile karolo ya naha ka borwa,* mphe le Gulothe-maime.”* Ka hoo, a mo fa Gulothe e Hodimo le Gulothe e Tlase.

20 Lena e ne e le lefa la leloko la Juda ho ya ka malapa a lona.

21 Metse e qetellong ya leloko la Juda ho elella moeding wa Edomo+ ka borwa e ne e le: Kabziele, Edere, Jagure, 22 Kina, Dimona, Adada, 23 Kedeshe, Hazore, Ithenane, 24 Zife, Teleme, Bealothe, 25 Hazore-hadata le Keriothe-hezrone e leng Hazore, 26 Amame, Shema, Molada,+ 27 Hazare-gada, Heshmone, Bethe-pelete,+ 28 Hazare-shuale, Beersheba,+ Biziothia, 29 Baala, Ime, Ezeme, 30 Eltolade, Kesile, Horma,+ 31 Ziklage,+ Madmana, Sansana, 32 Lebaothe, Shilhime, Aine le Rimone,+ kaofela e le metse e 29 ha mmoho le metsana ya yona.

33 Shefela+ ho ne ho ena le: Eshtaole, Zora,+ Ashna, 34 Zanowa, Ene-ganime, Tapua, Ename, 35 Jarmuthe, Adulame,+ Soko, Azeka,+ 36 Sharaime,+ Adithaime le Gedera le Gederothaime,* e le metse e 14 le metsana ya yona.

37 Zenane, Hadasha, Migdale-gade, 38 Dileane, Mizpe, Jokthele, 39 Lakishe,+ Bozkathe, Eglone, 40 Kabone, Lamame, Kitelishe, 41 Gederothe, Bethe-dagone, Naama le Makeda,+ e le metse e 16 le metsana ya yona.

42 Libna,+ Ethere, Ashane,+ 43 Ifeta, Ashna, Nezibe, 44 Keila, Akzibe le Maresha, e le metse e robong le metsana ya yona.

45 Ekrone le metse e haufi* le yona le metsana ya yona, 46 ho tloha Ekrone ka bophirimela, dibaka tsohle tse haufi le Ashdode le metsana ya yona.

47 Ashdode,+ metse e haufi* le yona le metsana ya yona. Gaza,+ metse e haufi le yona le metsana ya yona ho fihlela Kgohlong ya Egepeta, Lewatle le Leholo* le sebaka se haufi le lona.+

48 Sebakeng se dithaba e ne e le Shamire, Jatire,+ Soko, 49 Dana, Kiriathe-sana e leng Debire, 50 Anabe, Eshtemo,+ Anime, 51 Goshene,+ Holone le Gilo,+ e le metse e 11 le metsana ya yona.

52 Arabe, Duma, Eshane, 53 Janime, Bethe-tapua, Afeka, 54 Humta, Kiriathe-arba e leng Hebrone+ le Ziore, e le metse e robong le metsana ya yona.

55 Maone,+ Karmele, Zife,+ Juta, 56 Jezriele, Jokdeame, Zanowa, 57 Kaine, Gibea le Timna,+ e le metse e leshome le metsana ya yona.

58 Halhule, Bethe-zure, Gedore, 59 Marathe, Bethe-anothe le Eltekone, e le metse e tsheletseng le metsana ya yona.

60 Kiriathe-baale e leng Kiriathe-jearime+ le Raba, e le metse e mmedi le metsana ya yona.

61 Lefeelleng e ne e le Bethe-araba,+ Midine, Sekaka, 62 Nibshane, Motse wa Letswai le Ene-gedi,+ e le metse e tsheletseng le metsana ya yona.

63 Banna ba Juda ha ba a ka ba kgona ho leleka+ Bajebuse+ ba neng ba dula Jerusalema,+ ka hoo Bajebuse ba ntse ba dula le setjhaba sa Juda Jerusalema ho fihlela letsatsing lena.

16 Naha eo ditloholo tsa Josefa+ di ileng tsa e fuwa ka lotho,*+ e ne e tloha Jordane e Jeriko ho ya metsing a ka botjhabela ho Jeriko, e feta lefeelleng le nyolohang ho tloha Jeriko ho ya fihla sebakeng se dithaba sa Bethele.+ 2 E ne e tloha Bethele ya Luze mme e fetela moeding wa Baareke Atarothe. 3 Ho tloha moo, e theohela ka bophirimela ho ya moeding wa Bajaflete ho ya fihla moeding wa Bethe-horone+ e ka Tlase le Gezere+ mme e fella lewatleng.

4 Ka hoo, ditloholo tsa Josefa+ e leng leloko la Manase le la Efraime di ile tsa fuwa naha ya tsona.+ 5 Moedi wa ditloholo tsa Efraime ho ya ka malapa a tsona o ne o le tjena: Moedi wa lefa la bona ka botjhabela e ne e le Atarothe-adare,+ ho ya fihla Bethe-horone e ka Hodimo+ 6 mme o fihla lewatleng. Mikmethathe+ e ne e le ka leboya, moedi o potoloha ka botjhabela ho ya Tanathe-shilo mme o feta ka botjhabela ho ya Janowa. 7 O ne o theoha ho tloha Janowa ho ya Atarothe le Nara, o fihla Jeriko mme o tswela pele ho fihlela Jordane.+ 8 Moedi o ne o tswela pele ho tloha Tapua+ ho ya ka bophirimela ho Kgohlo ya Kana mme o fella lewatleng.+ Lena ke lefa la leloko la Efraime ho ya ka malapa a lona. 9 Ditloholo tsa Efraime di ne di boetse di ena le metse yohle e beheletsweng ka thoko le metsana ya yona hara lefa la Manase.+

10 Empa ha di a ka tsa leleka Bakanana ba neng ba dula Gezere.+ Bakanana ba ntse ba dula hara Efraime ho fihlela letsatsing lena+ mme ba etsa mosebetsi o boima.*+

17 Jwale lotho+ ya lahlwa bakeng sa leloko la Manase+ hobane e ne e le letsibolo la Josefa.+ Ka ha letsibolo la Manase e leng Makire,+ ntate wa Gileade e ne e le monna wa ntwa, o ile a fuwa Gileade le Bashane.+ 2 Ha lahlwa lotho bakeng sa ditloholo tse ding tsohle tsa Manase ho ya ka malapa a tsona, bakeng sa bara ba Abi-ezere,+ bara ba Heleke, bara ba Asriele, bara ba Shikeme, bara ba Hefere le bara ba Shemida. Tsena e ne e le ditloholo tsa Manase mora wa Josefa, ba batona ho ya ka malapa a tsona.+ 3 Empa Zelofehade+ mora wa Hefere, mora wa Gileade, mora wa Makire, mora wa Manase, o ne a se na bara a ena le baradi feela mme ana ke mabitso a baradi ba hae: Mahela, Noe, Hogla, Milka le Tirza. 4 Ka hoo, ba itlhahisa ka pela moprista Eleazare,+ ka pela Joshua mora wa Nune le ka pela dikgosana ba re: “Ke Jehova ya ileng a laela Moshe ho re fa lefa hara bana ba bo rona.”+ Ka hoo, o ile a ba fa lefa hara bana ba bo ntate ba bona ka taelo ya Jehova.+

5 Manase a boela a fuwa dikarolo tse ding tse leshome tsa naha, ntle le naha ya Gileade le Bashane, tse neng di le ka lehlakoreng le leng* la Jordane+ 6 hobane baradi ba Manase ba ile ba fuwa lefa ha mmoho le bara ba hae mme naha ya Gileade ya eba thepa ya ditloholo tse ding tsohle tsa Manase.

7 Moedi wa Manase o ne o tloha Ashere o ya Mikmethathe,+ e shebaneng le Shikeme+ mme o leba ka borwa* naheng ya baahi ba Ene-Tapua. 8 Naha ya Tapua+ e ne e le ya Manase empa motse wa Tapua o moeding wa Manase e ne e le wa ditloholo tsa Efraime. 9 Moedi o ne o theohela Kgohlong ya Kana, ka borwa ho kgohlo. Ho ne ho ena le metse ya Efraime hara metse ya Manase+ mme moedi wa Manase o ne o le ka leboya ho kgohlo mme o fella lewatleng.+ 10 Karolo e ka borwa e ne e le ya Efraime, e ka leboya e le ya Manase mme moedi wa hae o ne o fella lewatleng.+ Ka leboya naha ya Manase* e ne e fihla Ashere, ka botjhabela e fihla Isakare.

11 Naheng ya Isakare le ya Ashere, Manase o ile a fuwa Bethe-sheane le metse e haufi* le yona, Ibleame+ le metse e haufi le yona, baahi ba Dore+ le metse e haufi le yona, baahi ba Ene-dore+ le metse e haufi le yona, baahi ba Tanake+ le metse e haufi le yona le baahi ba Megido le metse e haufi le yona. Dibaka tse tharo tse maralla e ne e le tsa hae.

12 Empa ditloholo tsa Manase ha di a ka tsa kgona ho leleka baahi ba metse ena. Bakanana ba ile ba eba manganga mme ba hana ho tloha naheng ena.+ 13 Ha Baiseraele ba eba matla, ba ile ba fa Bakanana mosebetsi o boima*+ empa ha ba a ka ba ba leleka ka ho felletseng.+

14 Ditloholo tsa Josefa tsa re ho Joshua: “Ke hobaneng ha o re file* lefa ka lotho e le nngwe+ le karolo e le nngwe feela ya naha? Re setjhaba se sengata hobane Jehova o re hlohonolofaditse ho fihlela jwale.”+ 15 Joshua a ba araba a re: “Haeba le setjhaba se sengata, nyolohelang morung mme le itlosetse difate naheng ya Bapereze+ le Barefaime+ ka ha sebaka se dithaba sa Efraime+ se senyenyane haholo bakeng sa lona.” 16 Jwale ditloholo tsa Josefa tsa re: “Sebaka se dithaba ha se re lekane mme Bakanana bohle ba dulang naheng ya kgohlo* ba leng Bethe-sheane+ le metseng e haufi* le yona le ba leng Kgohlong* ya Jezriele,+ ba na le dikariki tsa ntwa+ tse nang le mahare a tshepe.” 17 Ka hoo, Joshua a bolella ditloholo tsa Josefa e leng leloko la Efraime le la Manase sena: “Le setjhaba se sengata mme le na le matla a maholo. Le ke ke la fumana lotho e le nngwe feela+ 18 empa sebaka se dithaba le sona e tla ba sa lona.+ Le hoja e le moru, le tla tlosa difate tsa wona mme e tla ba moo naha ya lona e fellang teng. Hobane le tla leleka Bakanana le hoja ba le matla mme ba ena le dikariki tsa ntwa tse nang le mahare a tshepe.”+

18 Setjhaba sohle sa Baiseraele sa phuthehela Shilo+ mme sa hloma tente ya pokano moo+ ka ha jwale se ne se hapile naha.+ 2 Empa ho ne ho ntse ho ena le maloko a supileng a Baiseraele a neng a eso ka a fuwa lefa la ona. 3 Ka hoo, Joshua a re ho Baiseraele: “Le tla dieha halelele hakae ho ya nka naha eo Jehova Modimo wa baholoholo ba lona a le fileng yona?+ 4 Mpheng banna ba bararo ho tswa lelokong ka leng hore ke ba rome. Ba lokela ho tsamaya naheng yohle mme ba etse mmapa wa yona ho ya ka lefa la bona. Ka mora moo, ba kgutlele ho nna. 5 Ba tla e arola hara bona ka dikarolo tse supileng.+ Juda o tla nne a dule sebakeng sa hae se ka borwa+ mme ntlo ya Josefa e tla nne e be sebakeng sa yona se ka leboya.+ 6 Ha e le lona, etsang mmapa wa naha, le e arole ka dikarolo tse supileng ebe le di tlisa ho nna mme ke tla lahla lotho+ mona bakeng sa lona ka pela Jehova Modimo wa rona. 7 Empa Balevi ba ke ke ba fuwa lefa hara lona+ hobane lefa la bona ke ho sebeletsa e le baprista ba Jehova+ mme Gade, Rubene le halofo ya leloko la Manase+ ba se ba nkile lefa la bona ka lehlakoreng le ka botjhabela ho Jordane, leo Moshe mohlanka wa Jehova a ba fileng lona.”

8 Banna bao ba neng ba yo etsa mmapa wa naha, ba itokisetsa ho tsamaya mme Joshua a ba laela a re: “Eyang mme le tsamaye hara naha eo, le etse mmapa wa yona ebe le kgutlela ho nna. Jwale ke tla lahla lotho mona Shilo+ ka pela Jehova bakeng sa lona.” 9 Jwale banna bao ba tsamaya hara naha eo, ba etsa mmapa o arolang naha ka dikarolo tse supileng ho ya ka metse ya yona mme ba o ngola bukeng. Ka mora moo, ba kgutlela Shilo ho Joshua. 10 Yaba Joshua o lahla lotho bakeng sa bona Shilo ka pela Jehova.+ Joshua a arolela Baiseraele naha moo ka dikarolo tsa bona.+

11 Lotho ya leloko la Benjamine ka malapa a bona ya hlaha mme sebaka sa lotho ya bona se ne se le pakeng tsa batho ba Juda+ le batho ba Josefa.+ 12 Ka lehlakoreng le ka leboya, moedi wa bona o ne o qala Jordane, o nyolohela moepeng wa Jeriko+ ka leboya mme o nyolohela thabeng ka bophirimela, o fihla lefeelleng la Bethe-avene.+ 13 Moedi o ne o tloha moo o fetela Luze, moepeng o ka borwa wa Luze e leng Bethele.+ O ne o theohela Atarothe-adare+ hodima thaba e ka leboya ho Bethe-horone e ka Tlase.+ 14 Moedi wa tshwauwa ka lehlakoreng le ka bophirimela mme wa potoloha ho ya ka borwa ho tloha thabeng e shebileng Bethe-horone ho ya ka borwa. O ne o fella Kiriathe-baale e leng Kiriathe-jearime,+ motse wa Juda. Lena ke lehlakore le ka bophirimela.

15 Lehlakore le ka borwa le ne le le ho tloha qetellong ya Kiriathe-jearime mme moedi o ne o fihla ka bophirimela o leba sedibeng sa metsi sa Neftowa.+ 16 Moedi o ne o theohela qetellong ya thaba e shebileng Kgohlo ya Mora wa Hinome+ e leng Kgohlong* ya Barefaime+ ho ya ka leboya, o theohela Kgohlong ya Hinome, ho ya moepeng wa Bajebuse+ ka borwa hape o theohela Ene-rogele.+ 17 O ile wa tshwauwa ka leboya ho ya fihla Ene-shemeshe mme wa fetela Gelilothe e leng ka pela moepa wa Adumime,+ wa theohela lejweng+ la Bohane+ mora wa Rubene. 18 O ne o fetela moepeng o ka leboya ka pela Araba mme o theohela Araba. 19 Moedi o ne o fetela moepeng o ka leboya wa Bethe-hogla+ mme o fella lebopong* le ka leboya la Lewatle la Letswai*+ qetellong e ka borwa ya Jordane. Ona e ne e le moedi o ka borwa. 20 Jordane e ne e le moedi o ka lehlakoreng le ka botjhabela. Lena e ne e le lefa la ditloholo tsa Benjamine ho ya ka malapa a bona, ho ya ka meedi e neng e le ka mahlakoreng ohle a lefa la bona.

21 Metse ya leloko la Benjamine ho ya ka malapa a bona e ne e le: Jeriko, Bethe-hogla, Emeke-kezize, 22 Bethe-araba,+ Zemaraime, Bethele,+ 23 Avime, Para, Ofra, 24 Kefare-amoni, Ofni, Geba,+ e le metse e 12 le metsana ya yona.

25 Gibeone,+ Rama, Beerothe, 26 Mizpe, Kefira, Moza, 27 Rekeme, Irepiele, Tarala, 28 Zela,+ Ha-elefe, Jebusi e leng Jerusalema,+ Gibea+ le Kiriathe, e le metse e 14 le metsana ya yona.

Lena e ne e le lefa la ditloholo tsa Benjamine ho ya ka malapa a tsona.

19 Lotho ya bobedi+ ya tswa bakeng sa Simeone,+ bakeng sa leloko la Simeone ka malapa a lona. Lefa la lona le ne le le hara lefa la Juda.+ 2 Lefa la lona e ne e le Beersheba+ ha mmoho le Sheba, Molada,+ 3 Hazare-shuale,+ Bala, Ezeme,+ 4 Eltolade,+ Bethule, Horma, 5 Ziklage,+ Bethe-markabothe, Hazare-susa, 6 Bethe-lebaothe+ le Sharuhene e le metse e 13 le metsana ya yona. 7 Aine, Rimone, Ethere le Ashane+ e le metse e mene le metsana ya yona 8 le metsana yohle e neng e potapotile metse ena ho ya fihla Baalathe-beere, eo hape e bitswang Rama e ka borwa. Lena e ne e le lefa la leloko la Simeone ho ya ka malapa a lona. 9 Lefa la ditloholo tsa Simeone le ne le tswa karolong ya naha e neng e fuwe Juda hobane karolo ya Juda e ne e le kgolo haholo bakeng sa tsona. Ka hoo, ditloholo tsa Simeone tsa fumana sebaka hara lefa la tsona.+

10 Ka mora moo, lotho ya boraro+ ya hlaha bakeng sa ditloholo tsa Zabulone+ ho ya ka malapa a tsona mme moedi wa lefa la tsona o ne o fihla Saride. 11 Moedi wa tsona o ne o nyolohela ka bophirimela ho ya Mareala mme o fihla Dabeshethe o ya kgohlong* e ka pela Jokneame. 12 O ne o tloha Saride ka botjhabela, o ya moeding wa Kislothe-tabore mme o fihla Dabrathe+ ebe o nyolohela Jafia. 13 Ho tloha moo o ne o fetela ka botjhabela ho ya Gathe-hefere,+ o ya Ethe-kazine mme o fetela Rimone ho ya fihla Nea. 14 Moedi o ne o e potoloha ka leboya ho ya Hanathone mme o fella Kgohlong ya Ifta-ele 15 le Katathe, Nahalale, Shimrone,+ Idala le Bethlehema+ e le metse e 12 le metsana ya yona. 16 Lena e ne e le lefa la ditloholo tsa Zabulone ho ya ka malapa a tsona.+ Ena e ne e le metse le metsana ya yona.

17 Lotho ya bone+ ya tswa bakeng sa Isakare,+ bakeng sa ditloholo tsa Isakare ho ya ka malapa a tsona. 18 Moedi wa bona e ne e le Jezriele,+ Kesulothe, Shuneme,+ 19 Hafaraime, Shione, Anaharathe, 20 Rabithe, Kishione, Ebeze, 21 Remethe, Ene-ganime,+ Ene-hada le Bethe-pazeze. 22 Moedi o ne o fihla Tabore+ le Shahazuma le Bethe-shemeshe mme o ne o fella Jordane e le metse e 16 le metsana ya yona. 23 Lena e ne e le lefa la leloko la Isakare ho ya ka malapa a lona,+ metse le metsana ya yona.

24 Lotho ya bohlano+ ya tswa bakeng sa leloko la Ashere+ ho ya ka malapa a lona. 25 Moedi wa lona e ne e le Helkathe,+ Hali, Betene, Akshafe, 26 Alameleke, Amade le Mishale. O ne o fihla ka bophirimela ho ya Karmele+ le ho ya Shihore-libnathe 27 mme o ne o kgutlela morao ka botjhabela ho ya Bethe-dagone, o fihla Zabulone le Kgohlong ya Ifta-ele ho ya ka leboya, o ya Bethe-emeke le Nejele hape o ne o fihla Kabule ka ho le letshehadi 28 le ho ya Ebrone, Rehobe, Hamone le Kana ho ya fihla Sidone e Kgolo.+ 29 Moedi o ne o kgutlela Rama ho ya fihla motseng wa Tire+ o sireleditsweng ka marako. Ho tloha moo, o ne o kgutlela Hosa mme o fella lewatleng sebakeng sa Akzibe, 30 Uma, Afeke+ le Rehobe+ e le metse e 22 le metsana ya yona. 31 Lena e ne e le lefa la leloko la Ashere ho ya ka malapa a lona.+ Ena e ne e le metse le metsana ya yona.

32 Lotho ya botshelela+ ya tswa bakeng sa ditloholo tsa Nefthali ho ya ka malapa a tsona. 33 Moedi wa tsona o ne o tloha Helefe, ho tloha sefateng se seholo se Zananime,+ Adami-nekebe le Jabniele ho ya fihla Lakume mme o fella Jordane. 34 Moedi o ne o kgutlela morao ka bophirimela ho ya Aznothe-tabore, o tloha moo o ya Hukoke o bile o fihla Zabulone ka borwa, o ya Ashere ka bophirimela o leba Juda mme o fihla Jordane ka botjhabela. 35 Metse e sireleditsweng ka marako e ne e le Zidime, Zere, Hamathe,+ Rakathe, Kinerethe, 36 Adama, Rama, Hazore,+ 37 Kedeshe,+ Edrei, Ene-hazore, 38 Yirone, Migdale-ele, Horeme, Bethe-anathe le Bethe-shemeshe+ e le metse e 19 le metsana ya yona. 39 Lena e ne e le lefa la leloko la Nefthali ho ya ka malapa a lona,+ metse le metsana ya yona.

40 Lotho ya bosupa+ ya tswa bakeng sa leloko la Dane+ ho ya ka malapa a lona. 41 Moedi wa lefa la bona e ne e le Zora,+ Eshtaole, Ire-shemeshe, 42 Shalabine,+ Ajalone,+ Ithela, 43 Elone, Timna,+ Ekrone,+ 44 Elteke, Gibethone,+ Baalathe, 45 Jehude, Bene-berake, Gathe-rimone,+ 46 Me-jarkone le Rakone ha mmoho le moedi o shebaneng le Jopa.+ 47 Empa sebaka sa Dane se ne se le senyenyane haholo bakeng sa leloko leo.+ Ka hoo la nyoloha, la lwantsha Lesheme+ mme la e hapa le ho e hlasela ka sabole. La e hapa mme la dula ho yona yaba le fetola lebitso la Lesheme hore e be Dane, la e rehella ka lebitso la moholoholo wa lona Dane.+ 48 Lena e ne e le lefa la leloko la Dane ho ya ka malapa a lona. Ena e ne e le metse le metsana ya lona.

49 Ka hoo, ba qeta ho arola naha ho ya ka dibaka tsa yona hore e be lefa. Jwale Baiseraele ba fa Joshua mora wa Nune lefa hara bona. 50 Ka taelo ya Jehova, ba mo fa motse oo a ileng a o kopa e leng Timnathe-sera,+ sebakeng se dithaba sa Efraime mme a haha motse le ho dula ho wona.

51 Ana ke mafa ao moprista Eleazare, Joshua mora wa Nune le dihlooho tsa malapa a bontate ba maloko a Iseraele, ba ileng ba a aba+ ka lotho ba le Shilo+ ka pela Jehova monyako wa tente ya pokano.+ Ba qeta ho arola naha.

20 Jehova a re ho Joshua: 2 “Bua le Baiseraele o re, ‘Ikgetheleng metse ya setshabelo+ eo ke buileng le lona ka yona ka Moshe 3 e le hore mmolai ya bolayang motho ka phoso kapa e se ka morero a ka balehela moo. E tla ba setshabelo bakeng sa lona ha le baleha motho ya amanang le motho ya bolailweng.*+ 4 Mmolai o tla balehela ho o mong wa metse ena+ mme a eme keiting ya motse+ ebe o ipolela ho baholo ba motse. Ba tla mo amohela motseng, ba mo fe sebaka mme a dule le bona. 5 Haeba motho ya amanang le motho ya bolailweng a mo lelekisa, ba se ke ba nehelana ka mmolai letsohong la hae hobane mmolai eo o bolaile wa habo ka phoso mme o ne a sa mo hloya pele ho moo.+ 6 A dule motseng oo ho fihlela nyewe ya hae e hlahlojwa ka pela phutheho+ mme a dule moo ho fihlela moprista ya phahameng ya sebeletsang ka nako eo a shwa.+ Ka mora moo, mmolai a ka kgutlela motseng oo a neng a balehile ho wona mme a ka kena motseng wa habo le ka tlung ya hae.’”+

7 Ka hoo, ba fa Kedeshe+ e Galilea boemo bo halalelang sebakeng se dithaba sa Nefthali, Shikeme+ e sebakeng se dithaba sa Efraime le Kiriathe-arba+ e leng Hebrone, e sebakeng se dithaba sa Juda. 8 Sebakeng sa Jordane ka botjhabela ho Jeriko, ba kgetha Bezere+ lefeelleng le sebakeng se phahameng* ho tswa lelokong la Rubene, ho tswa lelokong la Gade ba kgetha Ramothe+ e Gileade mme ho tswa lelokong la Manase+ ba kgetha Golane+ e Bashane.

9 Ena e ne e le metse e kgethilweng bakeng sa Baiseraele bohle le baditjhaba ba dulang hara bona, e le hore motho ya bolayang e mong e se ka morero a balehele teng+ mme a se ke a bolawa ke motho ya amanang le motho ya bolailweng pele nyewe ya hae e hlahlojwa ka pela phutheho.+

21 Jwale dihlooho tsa Balevi tsa matlo a bontate ba tsona tsa atamela moprista Eleazare,+ Joshua mora wa Nune le dihlooho tsa maloko a Iseraele tsa matlo a bontate ba tsona, 2 tsa bua le bona Shilo+ naheng ya Kanana tsa re: “Jehova o ile a fana ka taelo a sebedisa Moshe hore re fuwe metse eo re tla dula ho yona ha mmoho le makgulo a yona bakeng sa diphoofolo tsa rona.”+ 3 Ka hoo, Baiseraele ba mamela taelo ya Jehova mme ba fa Balevi metse ena+ le makgulo a yona ho tswa lefeng la bona.+

4 Lotho ya tswa bakeng sa malapa a Bakohathe+ mme Balevi bao e neng e le ditloholo tsa moprista Arone ba fuwa metse e 13 ka lotho* ho tswa lelokong la Juda,+ lelokong la Simeone+ le lelokong la Benjamine.+

5 Bakohathe ba bang bohle ba ile ba abelwa* metse e leshome ho tswa malapeng a leloko la Efraime,+ lelokong la Dane le halofong ya leloko la Manase.+

6 Bagershone+ ba ile ba abelwa metse e 13 ho tswa malapeng a leloko la Isakare, lelokong la Ashere, lelokong la Nefthali le halofong ya leloko la Manase naheng ya Bashane.+

7 Bakeng sa Bamerari+ ho ya ka malapa a bona, ho ne ho ena le metse e 12 ho tswa lelokong la Rubene, lelokong la Gade le lelokong la Zabulone.+

8 Baiseraele ba fa Balevi metse ena ha mmoho le makgulo a yona ka lotho feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse a sebedisa Moshe.+

9 Ho tswa lelokong la Juda le lelokong la Simeone, ba fana ka metse ena e boletsweng ka mabitso+ 10 mme ya fuwa bara ba Arone ho tswa malapeng a Bakohathe a Balevi hobane ba fumane lotho ya pele. 11 Ba ba fa Kiriathe-arba+ (Arba e ne e le ntate wa Anake) e leng Hebrone,+ sebakeng se dithaba sa Juda le makgulo a yona a e potapotileng. 12 Empa ba fa Kalebe mora wa Jefune masimo a motse le metsana ya wona e le lefa.+

13 Ba fa bara ba moprista Arone motse wa setshabelo bakeng sa mmolai+ e leng Hebrone+ le makgulo a yona, Libna+ le makgulo a yona, 14 Jatire+ le makgulo a yona, Eshtemowa+ le makgulo a yona, 15 Holone+ le makgulo a yona, Debire+ le makgulo a yona, 16 Aine+ le makgulo a yona, Juta+ le makgulo a yona le Bethe-shemeshe le makgulo a yona. E ne e le metse e robong ho tswa malokong ana a mabedi.

17 Ho tswa lelokong la Benjamine: Gibeone+ le makgulo a yona, Geba le makgulo a yona,+ 18 Anathothe+ le makgulo a yona le Almone le makgulo a yona. E ne e le metse e mene.

19 Metse yohle e fuweng ditloholo tsa Arone e leng baprista, e ne e le metse e 13 le makgulo a yona.+

20 Malapa a mang ohle a Bakohathe hara Balevi a ile a fuwa metse ho tswa lelokong la Efraime ka lotho. 21 Ba ba fa motse wa setshabelo bakeng sa mmolai+ e leng Shikeme+ ha mmoho le makgulo a yona dithabeng tsa Efraime, Gezere+ ha mmoho le makgulo a yona, 22 Kibzaime ha mmoho le makgulo a yona, Bethe-horone+ ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mene.

23 Ho tswa lelokong la Dane: Elteke ha mmoho le makgulo a yona, Gibethone ha mmoho le makgulo a yona, 24 Ajalone+ ha mmoho le makgulo a yona, Gathe-rimone ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mene.

25 Ho tswa halofong ya leloko la Manase: Tanake+ ha mmoho le makgulo a yona, Gathe-rimone ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mmedi.

26 Metse yohle ha mmoho le makgulo a yona eo malapa a mang ohle a Bakohathe a e fuweng e ne e le leshome.

27 Ho tswa halofong ya leloko la Manase, Bagershone+ ba malapa a Balevi ba ile ba fuwa motse wa setshabelo bakeng sa mmolai e leng Golane+ e Bashane ha mmoho le makgulo a yona le Beeshtera ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mmedi.

28 Ho tswa lelokong la Isakare:+ Kishione ha mmoho le makgulo a yona, Dabrathe+ ha mmoho le makgulo a yona, 29 Jarmuthe ha mmoho le makgulo a yona le Ene-ganime ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mene.

30 Ho tswa lelokong la Ashere:+ Mishale ha mmoho le makgulo a yona, Abdone ha mmoho le makgulo a yona, 31 Helkathe+ ha mmoho le makgulo a yona le Rehobe+ ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mene.

32 Ho tswa lelokong la Nefthali: Motse wa setshabelo+ bakeng sa mmolai e leng Kedeshe+ e Galilea ha mmoho le makgulo a yona, Hamothe-dore ha mmoho le makgulo a yona le Kartane ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e meraro.

33 Metse yohle ya Bagershone ka malapa a bona e ne e le metse e 13 ha mmoho le makgulo a yona.

34 Ho tswa lelokong la Zabulone,+ malapa a Bamerari+ e leng Balevi ba bang bohle, ba ile ba fumana Jokneame+ ha mmoho le makgulo a yona, Karta ha mmoho le makgulo a yona, 35 Dimna ha mmoho le makgulo a yona le Nahalale+ ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mene.

36 Ho tswa lelokong la Rubene: Bezere+ ha mmoho le makgulo a yona, Jahaze ha mmoho le makgulo a yona,+ 37 Kedemothe ha mmoho le makgulo a yona le Mefathe ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mene.

38 Ho tswa lelokong la Gade:+ Motse wa setshabelo bakeng sa mmolai e leng Ramothe e Gileade+ ha mmoho le makgulo a yona, Mahanaime+ ha mmoho le makgulo a yona, 39 Heshbone+ ha mmoho le makgulo a yona le Jazere+ ha mmoho le makgulo a yona. Kaofela ha yona e le metse e mene.

40 Metse yohle e ileng ya abelwa Bamerari ka malapa a bona, e leng malapa a mang ohle a Balevi, e ne e le metse e 12.

41 Metse yohle ya Balevi e hara eo Baiseraele ba nang le yona, e ne e le metse e 48 ha mmoho le makgulo a yona.+ 42 Motse o mong le o mong o ne o ena le makgulo a wona ho o potapota. Metse ena kaofela e ne e le jwalo.

43 Jehova a fa Baiseraele naha yohle eo a neng a hlapantse hore o tla e fa baholoholo ba bona.+ Ba e hapa mme ba dula ho yona.+ 44 Ho feta moo, Jehova o ile a etsa hore ba dule ba sireletsehile ka mahlakoreng ohle feela jwalo ka ha a ne a hlapanyeditse baholoholo ba bona+ mme ha ho sera le se seng sa bona se neng se ka ba hlola.+ Jehova o ile a nehelana ka dira tsohle tsa bona matsohong a bona.+ 45 Ha ho tshepiso* e ileng ya hloleha ho phethahala ditshepisong tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a di entse ho ntlo ya Iseraele. Di ile tsa phethahala kaofela.+

22 Yaba Joshua o bitsa Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase 2 mme a re ho bona: “Le entse sohle seo Moshe mohlanka wa Jehova a le laetseng sona+ mme le ile la mmamela dinthong tsohle tseo ke le laetseng tsona.+ 3 Ha le a tlohela bana ba bo lona nakong ena yohle ho fihlela letsatsing lena+ mme le bolokile taelo ya Jehova Modimo wa lona.+ 4 Jwale, Jehova Modimo wa lona o entse hore bana ba bo lona ba dule ba sireletsehile feela jwalo ka ha a ile a ba tshepisa.+ Ka hoo, le ka kgutlela ditenteng tsa lona naheng eo Moshe mohlanka wa Jehova a ileng a le fa yona ka lehlakoreng le leng* la Jordane.+ 5 Le mpe le etse bonnete ba hore le phetha taelo le Molao oo Moshe mohlanka wa Jehova a le fileng wona,+ ka ho rata Jehova Modimo wa lona,+ ka ho tsamaya ditseleng tsohle tsa hae,+ ka ho boloka ditaelo tsa hae,+ ka ho mo kgomarela+ le ka ho mo sebeletsa+ ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya wa lona wohle.”+

6 Joshua a ba hlohonolofatsa mme a re ba tsamaye. Yaba ba ya ditenteng tsa bona. 7 Moshe o ne a file halofo ya leloko la Manase lefa Bashane+ yaba Joshua o fa halofo e nngwe ya leloko leo ha mmoho le bana ba bo bona naha ka lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane.+ Ho feta moo, ha Joshua a re ba ye ditenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa 8 mme a re ho bona: “Kgutlelang ditenteng tsa lona ka maruo a mangata, ka diphoofolo tse ngata ha mmoho le silevera le kgauta, koporo le tshepe le diaparo tse ngata haholo.+ Nkang karolo ya lona ya thepa+ eo le e hapileng ho dira tsa lona le e arolele le bana ba bo lona.”

9 Ka mora moo, Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase ba tloha ho Baiseraele ba bang, ho tloha Shilo e naheng ya Kanana mme ba kgutlela naheng ya Gileade,+ naheng ya bona moo Jehova a ileng a ba laela a sebedisa Moshe+ hore ba dule teng. 10 Ha ba fihla dibakeng tsa Jordane tse naheng ya Kanana, Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase, ba haha aletare moo haufi le Jordane, aletare e kgolo, e ntle. 11 Ha morao, Baiseraele ba bang ba utlwa+ ho thwe: “Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase ba hahile aletare moeding wa naha ya Kanana, dibakeng tsa Jordane ka lehlakoreng le ka bophirimela la Baiseraele.” 12 Ha Baiseraele ba utlwa taba ena, setjhaba sohle sa Baiseraele sa phuthehela Shilo+ ho ya ba lwantsha.

13 Baiseraele ba romela Finease+ mora wa moprista Eleazare ho Barubene, Bagade le ho halofo ya leloko la Manase naheng ya Gileade. 14 Dikgosana tse leshome di ne di ena le yena, kgosana e le nngwe ya ntlo ka nngwe ya lelapa la habo ntate wa maloko ohle a Iseraele mme e nngwe le e nngwe e le hlooho ya ntlo ya bontate ba bona ho ba dikete* ba Iseraele.+ 15 Ha ba fihla ho Barubene, Bagade le ho halofo ya leloko la Manase naheng ya Gileade ba re ho bona:

16 “Molaetsa o tswang ho setjhaba sohle sa Jehova ke ona, ‘Ke hobaneng ha le entse ntho ee mme le sa tshepahalla+ Modimo wa Iseraele? Kajeno le tlohetse Jehova ka ho ikahela aletare mme le fetohetse Jehova.+ 17 Na phoso ya Peore e ne e sa lekana? Le hoja setjhaba sa Jehova+ se ile sa fuwa kotlo, le kajeno re ntse re kotula ditholwana tsa phoso eo. 18 Na jwale ha le sa batla ho mamela Jehova? Haeba le fetohela Jehova kajeno, hosane o tla halefela setjhaba sohle sa Iseraele.+ 19 Haeba lebaka ke hobane naha ya lona ha e a hlweka, le tshelele naheng ya Jehova+ moo tabernakele ya Jehova e dulang teng+ mme le dule hara rona empa le se ke la fetohela Jehova mme le se ke la etsa eka re marabele ka hore le ikahele aletare empa aletare ya Jehova Modimo wa rona e ntse e le teng.+ 20 Na Modimo ha a a ka a halefela setjhaba sohle sa Iseraele,+ ha Akane+ mora wa Zera a sa tshepahale malebana le ntho e neng e lokela ho fediswa? Ha se yena feela motho ya ileng a shwa ka lebaka la phoso ya hae.’”+

21 Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase ba araba dihlooho tsa dikete* tsa Iseraele+ ba re: 22 “Modimo wa medimo, Jehova, Modimo wa medimo, Jehova+ o a tseba mme Baiseraele le bona ba tla tseba. Haeba re fetohetse Jehova ebile re sa mo tshepahalla, e se eka Modimo a ke ke a re pholosa letsatsing lena. 23 Haeba re ikahetse aletare hore re tlohele Jehova le ho etsa dinyehelo tsa setjheso, dinyehelo tsa dijo* le mahlabelo a kopanetsweng ho yona, Jehova o tla fana ka kotlo e loketseng.+ 24 Ho ena le hoo, re entse sena hobane re ne re tshwenyehile ka taba e nngwe. Re ile ra nahana ra re, ‘Nakong e tlang, bara ba lona ba tla re ho bara ba rona: “Le na le tokelo efe ya ho rapela Jehova Modimo wa Iseraele le rona? 25 Jehova o behile Jordane e le moedi pakeng tsa rona le lona, Barubene le Bagade. Ha ho na letho le le kopanyang le Jehova.” Bara ba lona ba tla thibela bara ba rona ho rapela* Jehova.’

26 Ka hoo re ile ra re, ‘A re etseng bonnete ba hore re haha aletare eseng bakeng sa dinyehelo tsa setjheso kapa bakeng sa mahlabelo 27 empa hore e be bopaki pakeng tsa rona le lona+ le ditloholo* tsa rona hore re tla etsa tshebeletso ya Jehova ka pela hae ka dinyehelo tsa rona tsa setjheso le mahlabelo a rona le mahlabelo a rona a kopanetsweng+ e le hore nakong e tlang bara ba lona ba tle ba se ke ba re ho bara ba rona: “Ha ho na letho le le kopanyang le Jehova.”’ 28 Ka hoo ra re, ‘Haeba ba ka bolella rona le ditloholo* tsa rona seo nakong e tlang, re tla re: “Bonang aletare e tshwanang le ya Jehova eo baholoholo ba rona ba e entseng, eseng bakeng sa dinyehelo tsa setjheso kapa bakeng sa mahlabelo empa hore e be bopaki pakeng tsa rona le lona.”’ 29 Le ka mohla re ke ke ra fetohela Jehova kapa ra tlohela Jehova+ ka ho haha aletare bakeng sa dinyehelo tsa setjheso, dinyehelo tsa dijo* le mahlabelo ho ntse ho ena le aletare ya Jehova Modimo wa rona e ka pela tabernakele ya hae.”+

30 Ha moprista Finease, dikgosana tsa setjhaba le dihlooho tsa dikete* tsa Iseraele tse neng di ena le yena ba utlwa mantswe a builweng ke ditloholo tsa Rubene, tsa Gade le tsa Manase, ba kgotsofala.+ 31 Ka hoo, Finease mora wa moprista Eleazare a re ho ditloholo tsa Rubene, tsa Gade le tsa Manase: “Kajeno re a tseba hore Jehova o hara rona hobane ha le a fetohela Jehova. Le pholositse Baiseraele letsohong la Jehova.”

32 Ka mora moo, Finease mora wa moprista Eleazare a kgutla le dikgosana ho tswa ho Barubene le Bagade naheng ya Gileade, ba ya naheng ya Kanana mme ba fihla ba phetela Baiseraele ba bang ditaba. 33 Baiseraele ba ile ba kgotsofala ha ba utlwa tlaleho eo. Yaba ba rorisa Modimo mme ha ba a ka ba hlola ba bua letho ka ho ya lwantsha Barubene le Bagade, ho ya fedisa naha eo ba neng ba dula ho yona.

34 Ka hoo, Barubene le Bagade ba reha aletare* lebitso hobane ba ile ba re, “Ke bopaki pakeng tsa rona hore Jehova ke Modimo wa nnete.”

23 Dilemo tse ngata* ka mora hore Jehova a fe Baiseraele phomolo+ ho dira tsohle tsa bona tse ba potolohileng, ha Joshua a se a tsofetse le dilemo tsa hae di se di ile,+ 2 Joshua a bitsa Baiseraele bohle,+ baholo ba bona, dihlooho tsa bona, baahlodi ba bona le balaodi ba bona+ mme a re ho bona: “Ke se ke tsofetse le dilemo tsa ka di se di ile. 3 Le bone dintho tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a di entseng ho ditjhaba tsena tsohle molemong wa lona hobane Jehova Modimo wa lona ke yena ya neng a le lwanela.+ 4 Ke le abetse ka lotho+ naha ya ditjhaba tsena tse setseng e le lefa bakeng sa maloko a lona+ ha mmoho le naha ya ditjhaba tsohle tseo ke di fedisitseng,+ ho tloha Jordane ho ya Lewatleng le Leholo* ka bophirimela. 5 Jehova Modimo wa lona ke yena ya neng a di sutumeletsa hole le lona,+ a bile a di leleka bakeng sa lona yaba le nka naha ya tsona feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa lona a le tshepisitse.+

6 Jwale le be sebete haholo mme le boloke le ho etsa dintho tsohle tse ngotsweng bukeng ya Molao+ wa Moshe ka hore le ka mohla le se ke la o kgeloha ho ya ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi+ 7 mme le se ke la itswakanya le ditjhaba tsena+ tse setseng le lona. Le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona+ kapa la hlapanya ka yona hape le ka mohla le se ke la e sebeletsa kapa la e inamela.+ 8 Empa le kgomarele Jehova Modimo wa lona+ feela jwalo ka ha le entse ho fihlela letsatsing lena. 9 Jehova o tla leleka ditjhaba tse kgolo le tse matla ka pela lona+ hobane ha ho na motho ya kileng a le hlola ho fihlela letsatsing lena.+ 10 Motho a le mong feela ho lona o tla lelekisa ba sekete+ hobane Jehova Modimo wa lona o a le lwanela+ feela jwalo ka ha a le tshepisitse.+ 11 Ka hoo, le dule le lebetse+ ka hore le rate Jehova Modimo wa lona.+

12 Empa haeba le ka furalla Modimo la kgomarela ditjhaba tsena tse setseng+ le lona la ba la nyallana+ le tsona le ho itswakanya le tsona, 13 le tsebe hore Jehova Modimo wa lona a ke ke a tswela pele ho leleka ditjhaba tsena bakeng sa lona.+ Ditjhaba tsena e tla ba sefi le leraba le sephadi se le otlang ka mahlakoreng+ mme e be meutlwa ka mahlong a lona ho fihlela le fedisitswe naheng ena e ntle eo Jehova Modimo wa lona a le fileng yona.

14 Ke makgatheng a lefu mme le tseba hantle ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya wa lona wohle hore ha ho na lentswe le ha le le leng le hlolehileng ho phethahala ditshepisong tsohle tse molemo tseo Jehova Modimo wa lona a le boleletseng tsona. A phethahetse kaofela bakeng sa lona. Ha ho lentswe le ha le le leng la tsona le hlolehileng ho phethahala.+ 15 Empa feela jwalo ka ha ditshepiso tsohle tse molemo tseo Jehova Modimo wa lona a le boleletseng tsona di phethahetse,+ Jehova o tla le tlisetsa tlokotsi yohle eo a e tshepisitseng* mme a le fedise naheng ena e ntle eo Jehova Modimo wa lona a le fileng yona.+ 16 Haeba le tlola selekane sa Jehova Modimo wa lona seo a le laetseng hore le se boloke mme haeba le sebeletsa medimo e meng le ho e inamela, jwale Jehova o tla le halefela haholo+ mme le tla fediswa ka potlako naheng e ntle eo a le fileng yona.”+

24 Joshua a bokella maloko ohle a Iseraele Shikeme mme a bitsa baholo ba Iseraele, dihlooho tsa ona, baahlodi ba ona le balaodi ba ona+ mme ba ema ka pela Modimo wa nnete. 2 Joshua a re ho setjhaba sohle: “Jehova Modimo wa Iseraele o re, ‘Mehleng ya kgale+ baholoholo ba lona,+ ho akarelletsa le Tera ntate wa Abrahama le Nakore, ba ne ba dula ka lehlakoreng le leng la Noka* mme ba sebeletsa medimo e meng.+

3 Ka mora nako ka tlosa moholoholo wa lona Abrahama+ ka lehlakoreng le leng la Noka* mme ka mo tsamaisa naheng yohle ya Kanana yaba ke etsa hore ditloholo* tsa hae di be ngata.+ Ka mo fa Isaka+ 4 yaba Isaka ke mo fa Jakobo le Esau.+ Ha morao Esau ka mo fa Thaba ya Seire.+ Jakobo le bara ba hae ba theohela Egepeta.+ 5 Ha morao ka romela Moshe le Arone+ mme ka otla Egepeta ka seo ke ileng ka se etsa hara bona+ yaba ke a le ntsha. 6 Ha ke ntsha bontate ba lona Egepeta+ mme ba fihla lewatleng, Baegepeta ba ile ba lelekisa bontate ba lona ka dikariki tsa ntwa le banna ba palameng dipere ho ya fihla Lewatleng le Lefubedu.+ 7 Ba hweletsa ho Jehova.+ Ka hoo, ka beha lefifi pakeng tsa bona le Baegepeta mme ka tlisa lewatle hodima bona mme la ba kwahela+ yaba mahlo a lona a bona seo ke se entseng Egepeta.+ Le ile la dula lefeelleng ka dilemo tse ngata.*+

8 Ka le tlisa naheng ya Baamore ba neng ba dula ka lehlakoreng le leng* la Jordane yaba ba a le lwantsha.+ Empa ka nehelana ka bona matsohong a lona e le hore le nke naha ya bona yaba ke ba fedisa ka pela lona.+ 9 Jwale Balake mora wa Zipore, morena wa Moabe, a ema mme a lwantsha Baiseraele. Ka hoo, a bitsa Balame mora wa Beore hore a le bitsetse bomadimabe.+ 10 Empa ha ke a ka ka mamela Balame.+ Ka hoo, a le hlohonolofatsa ka ho phetapheta+ mme ka le pholosa ho yena.+

11 La tshela Jordane,+ la fihla Jeriko.+ Baetapele* ba Jeriko, Baamore, Bapereze, Bakanana, Bahethe, Bagirgashe, Baheve le Bajebuse ba le lwantsha empa ka nehelana ka bona matsohong a lona.+ 12 Ka etsa hore ba nyahame* yaba marena a mabedi a Baamore a a le baleha.+ E ne e se ka lebaka la disabole tsa lona le diqha tsa lona.+ 13 Ke le file naha eo le neng le sa ka la e sebeletsa le metse eo le neng le sa ka la e haha+ yaba le dula ho yona. Le ja dirapa tsa morara le difate tsa mohlwaare tseo le sa kang la di lema.’+

14 Ka hoo, tshabang Jehova le mo sebeletse ka botshepehi* le ka nnete+ mme le tlose medimo eo baholoholo ba lona ba neng ba e sebeletsa Egepeta le ka lehlakoreng le leng la Noka*+ mme le sebeletse Jehova. 15 Haeba le bona e le ntho e mpe ho sebeletsa Jehova, le ikgethele kajeno eo le tla mo sebeletsa+ ebang ke medimo eo baholoholo ba lona ba neng ba e sebeletsa ka lehlakoreng le leng la Noka*+ kapa medimo ya Baamore bao le dulang naheng ya bona.+ Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Jehova.”

16 Setjhaba sa araba sa re: “Le ka mohla re ke ke ra tlohela Jehova mme ra sebeletsa medimo e meng. 17 Ke Jehova Modimo wa rona ya ntshitseng rona le bontate ba rona naheng ya Egepeta+ ntlong ya bokgoba+ le ya entseng dipontsho tsena tse kgolo ka pela mahlo a rona+ le ya ileng a re lebela tseleng yohle eo re tsamaileng ka yona le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona.+ 18 Jehova o ile a leleka ditjhaba tsohle ho akarelletsa le Baamore ba neng ba dula naheng ena. Ka hoo, le rona re tla sebeletsa Jehova hobane ke Modimo wa rona.”

19 Jwale Joshua a re ho setjhaba: “Ha le kgone ho sebeletsa Jehova hobane ke Modimo ya halalelang.+ Ke Modimo ya batlang hore batho ba inehele ho yena feela.+ A ke ke a tshwarela diphoso* tsa lona le dibe tsa lona.+ 20 Le hoja Modimo a ile a le etsetsa dintho tse molemo, haeba le tlohela Jehova mme le sebeletsa medimo ya baditjhaba le yena o tla le fetohela mme a le fedise.”+

21 Empa setjhaba sa re ho Joshua: “Tjhe, re tla sebeletsa Jehova.”+ 22 Ka hoo, Joshua a re ho setjhaba: “Lona ka bolona le dipaki tsa hore le ikgethetse ho sebeletsa Jehova ka ho rata.”+ Yaba ba re: “Re dipaki.”

23 “Ka hoo, tlosang medimo ya baditjhaba e hara lona mme le sebeletse Jehova Modimo wa Iseraele ka dipelo tsohle tsa lona.” 24 Setjhaba sa re ho Joshua: “Re tla sebeletsa Jehova Modimo wa rona mme re tla mo mamela.”

25 Joshua a etsa selekane le setjhaba letsatsing leo mme a se behela molao Shikeme. 26 Joshua a ngola mantswe ana bukeng ya Molao wa Modimo+ mme a nka lejwe le leholo+ yaba o le emisa moo tlasa sefate se seholo se haufi le sehalalelo sa Jehova.

27 Joshua a boela a re ho setjhaba sohle: “Lejwe lena e tla ba bopaki ho rona+ hobane le utlwile dintho tsohle tseo Jehova a di buileng ho rona mme e tla ba bopaki kgahlanong le lona e le hore le se ke la latola Modimo wa lona.” 28 Yaba Joshua o re setjhaba se tsamaye, e mong le e mong a ye naheng ya hae.+

29 Ka mora dintho tsena, Joshua mora wa Nune, mohlanka wa Jehova, a shwa a le dilemo di 110.+ 30 Ba mo pata naheng eo e leng lefa la hae Timnathe-sera,+ e sebakeng se dithaba sa Efraime, ka leboya ho Thaba ya Gashe. 31 Baiseraele ba tswela pele ho sebeletsa Jehova ka matsatsi ohle a Joshua le ka matsatsi ohle a baholo ba ileng ba phela nako e telele ho feta Joshua le ba ileng ba bona dintho tsohle tseo Jehova a ileng a di etsetsa Baiseraele.+

32 Masapo a Josefa+ ao Baiseraele ba neng ba a tlisitse ho tswa Egepeta, a ile a patwa Shikeme karolong ya tshimo eo Jakobo a neng a e fumane ho bara ba Hamore,+ ntate wa Shikeme, ka dikotwana tse 100 tsa tjhelete+ mme ya eba lefa la bara ba Josefa.+

33 Hape, Eleazare mora wa Arone a shwa.+ Ba mo pata Leralleng la Finease mora wa hae,+ leo a neng a le filwe sebakeng se dithaba sa Efraime.

Kapa: “Jehoshua,” e bolelang “Jehova ke Poloko.”

Ka Seheberu: “seo maoto a lona a hatang ho sona.”

E leng Lewatle la Mediterranean.

Kapa: “o nahanisise ka yona.”

E leng le ka botjhabela.

Kapa: “hlahloba.”

Mofuta wa semela o neng o lengwa mehleng ya kgale mme ho etswa masela a line ka sona.

E leng le ka botjhabela.

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “pontsho eo nka e tshepang.”

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”

Ka Seheberu: “ditswe tse ka bang 2 000.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “Ikgalaletseng.”

Ka Seheberu: “a hata.”

Kapa: “lebota.”

Kapa: “lebota.”

E leng Lewatle le Shweleng.

Ka Seheberu: “bara.”

Kapa: “kgopotso.”

Ka Seheberu: “ba mo tshaba.”

Ka Seheberu: “lehlakore le ka nqa ya lewatle.”

E bolelang “Leralla la Ntlha ya Letlalo la Ditho Tsa Botona.”

Kapa: “banna ba dilemong tsa ho kenela sesole.”

Ka Seheberu: “ke tlositse nyefolo ya Egepeta ho lona.”

Kapa: “molaodi.”

Ka Seheberu: “meqathatso.”

Kapa: “modumo o sa kgaotseng.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “mathata; kgathatso.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa mohlomong: “a etsa hore batho ba etse kano ena.”

Kapa mohlomong ho buuwa ka botumo ba Jehova.

Kapa: “hlahloba.”

E leng le ka botjhabela.

Kapa: “ba furalletse.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “halaletse.”

Ka Seheberu: “Ikgalaletseng.”

Ka Seheberu: “dishekele tse 200.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dishekele tse 50.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “Phuleng.”

Kapa: “mathata; kgathatso.”

E bolelang “Tlokotsi; Kgathatso.”

Kapa: “phula.”

Kapa: “thota ya lehwatata.”

Kapa: “sefateng.”

Ka Seheberu: “tsamaya.”

E leng Lewatle la Mediterranean.

Mekotla ya letlalo e tshelang metsi.

Ka Seheberu: “meqathatso.”

Kapa: “makgoba.”

E leng ka lehlakoreng le ka botjhabela.

Mekotla ya letlalo e tshelang metsi.

Ka Seheberu: “meqathatso.”

Kapa: “hlahloba.”

Ka Seheberu: “matsohong a hao.”

Ka Seheberu: “dumella letsoho la hao hore le phomole bakeng sa.”

Kapa: “Phula.”

Ka Seheberu: “a leotsa leleme la hae.”

E leng ka sekotlong.

Kapa: “difateng.”

Kapa: “Araba.”

Kapa: “maralla a yona.”

Sheba Tlhaloso.

E leng letsha la Genesarete kapa Lewatle la Galilea.

E leng Lewatle le Shweleng.

Kapa: “ho tloha Shihore.”

Ka Seheberu: “ka pela.”

Kapa: “moo ho kenwang teng Hamathe.”

Kapa: “sehlabeng.”

Kapa: “sehlabeng.”

Kapa: “phula.”

E leng marena a neng a le tlasa Sihone.

Kapa: “phuleng.”

E leng letsha la Genesarete kapa Lewatle la Galilea.

E leng ka lehlakoreng le ka botjhabela.

Kapa: “hlahloba.”

Ka Seheberu: “ba entse hore dipelo tsa setjhaba di nyahame.”

Ka Seheberu: “ka ho feletseng.”

Kapa: “ke tshepa hore.”

Kapa: “e fanweng ka lotho ho.”

E leng Lewatle le Shweleng.

Kapa: “koung.”

Sheba Tlhaloso.

E leng Lewatle le Leholo la Mediterranean.

E leng Lewatle le Shweleng.

Kapa: “koung.”

Kapa: “Phuleng.”

Kapa: “Phula.”

E leng Lewatle la Mediterranean.

Kapa mohlomong: “a opa diatla ha a ntse a le hodima tonki.”

Kapa: “Negebe.”

E bolelang “Dikotlolo Tsa Metsi.”

Kapa mohlomong: “Gedera le masaka a yona a dinku.”

Kapa: “e e potolohileng.”

Kapa: “e e potolohileng.”

E leng Lewatle la Mediterranean.

Kapa: “tsa e abelwa.”

Kapa: “mosebetsi o qobellwang.”

E leng ka lehlakoreng le ka botjhabela.

Ka Seheberu: “ka ho le letona.”

E leng setjhaba sa Manase.

Kapa: “e e potolohileng.”

Kapa: “mosebetsi o qobellwang.”

Ka Seheberu: “ha o mphile.”

Kapa: “phula.”

Kapa: “e e potolohileng.”

Kapa: “Phuleng.”

Kapa: “Phuleng.”

Kapa: “koung.”

E leng Lewatle le Shweleng.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “mopheteletsi wa madi.”

Kapa: “sehlabeng.”

Kapa: “ba abelwa.”

Kapa: “ba fuwa ka lotho.”

Kapa: “lentswe.”

E leng ka lehlakoreng le ka botjhabela.

Kapa: “maloko.”

Kapa: “maloko.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “tshaba.”

Ka Seheberu: “meloko.”

Kapa: “meloko.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “maloko.”

Ho ya ka tlhaloso, ho bonahala eka aletare eo e ile ya rehwa Bopaki.

Ka Seheberu: “Matsatsi a mangata.”

E leng Lewatle la Mediterranean.

Kapa: “lentswe lohle le lebe.”

E leng ya Eufrate.

E leng ya Eufrate.

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”

E leng ka lehlakoreng le ka botjhabela.

Kapa mohlomong: “Beng ba naha.”

Kapa mohlomong: “ba tshohe.”

Kapa: “ka ho hloka molato.”

E leng ya Eufrate.

E leng ya Eufrate.

Kapa: “borabele.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela