KOSEPELE YA JOHANNE
1 Qalong Lentswe o ne a le teng,+ a ena le Modimo.+ Lentswe e ne e le modimo.+ 2 O ne a ena le Modimo qalong. 3 Dintho tsohle di bile teng ka yena.+ Ha ho letho le bileng teng haese ka yena.
4 Bophelo bo bile teng ka yena mme bophelo e ne e le lesedi ho batho.+ 5 Lesedi leo le kganya lefifing+ empa lefifi ha le a le hlola.
6 Monna e mong o ile a rongwa ke Modimo e le moemedi wa hae. Lebitso la hae e ne e le Johanne.+ 7 Monna enwa o ne a tletse ho tla fana ka bopaki bo mabapi le lesedi+ e le hore batho bohle ba ka dumela ka lebaka la hae. 8 Yena e ne e se lesedi leo+ empa o ne a tletse ho tla fana ka bopaki bo mabapi le lona.
9 Lesedi la nnete le kgantshetsang batho bohle le ne le le haufi le ho tla lefatsheng.+ 10 O ne a le teng lefatsheng.+ Lefatshe le bile teng ka yena+ empa lefatshe ha le a ka la mo tseba. 11 O ile a tla ha habo empa batho ba habo ha ba a ka ba mo amohela. 12 O ile a dumella bohle ba mo amohetseng hore e be bana ba Modimo+ hobane ba ne ba bontsha hore ba na le tumelo lebitsong la hae.+ 13 Ha ba a ka ba tswalwa e le batho ba nama le madi kapa ka lebaka la thato ya motho empa ba tswetswe ke Modimo.+
14 Lentswe e ile ya eba motho,+ a phela hara rona yaba re bona kganya ya hae. Ke kganya e jwalo ka ya mora ya mong*+ ya tswang ho ntate. O ne a tsheheditswe ke Modimo ka hohlehohle a bile a bua nnete ka dinako tsohle. 15 Johanne o ile a paka ka yena a hweletsa a re: “Enwa ke yena eo ke ileng ka re ka yena, ‘Ya tlileng pele ho nna o se a fetetse ka pela ka hobane o bile teng pele ho nna.’”+ 16 Kaofela re ile ra fumana mosa* wa hae o kgaphatsehang hobane mosa wa hae o mongata. 17 Molao o ile wa tla ka Moshe,+ mosa+ le nnete tsona tsa tla ka Jesu Kreste.+ 18 Ha ho motho ya kileng a bona Modimo.+ Ke mora ya mong ya tshwanang le Modimo*+ ya bileng a leng haufi le Ntate*+ ya hlalositseng hore na Modimo ke mang.+
19 Ha Bajuda ba roma baprista le Balevi ho tswa Jerusalema hore ba botse Johanne hore na ke mang,+ Johanne o ile a fana ka bopaki bona. 20 A bua a sa hlathe kwana le kwana a re: “Ha ke Kreste.” 21 Ba re ho yena: “Jwale o mang? Na o Elia?”+ A re: “Tjhe.” Ba re: “Na o Moprofeta?”+ A re: “Ha ho jwalo.” 22 Ba re ho yena: “Re bolelle hore na o mang re tsebe ho araba batho ba re rommeng. Re jwetse hore na o mang.” 23 A re: “Ke nna ya hweletsang lefeelleng ya reng, ‘Otlollang tsela ya Jehova,’*+ feela jwalo ka ha moprofeta Esaia a boletse.”+ 24 Batho bao ba ne ba ronngwe ke Bafarisi. 25 Ba re ho yena: “Haeba ha o Kreste, ha o Elia kapa Moprofeta ya tlang, jwale ke hobaneng ha o kolobetsa batho?” 26 Johanne a re: “Nna ke kolobetsa ka metsi. Ho na le motho hara lona eo le sa mo tsebeng. 27 Ke yena ya tlang ka mora ka, eo ke sa tshwaneleheng ho fasolla marapo a dieta* tsa hae.”+ 28 Dintho tsena di ile tsa etsahala Bethani ka nqane ho Jordane moo Johanne a neng a kolobetsa teng.+
29 Ka le hlahlamang, a bona Jesu a tla ho yena yaba o re: “Bonang Konyana+ ya Modimo e tlosang sebe+ sa lefatshe.+ 30 Ke yena eo ke ileng ka re ka yena: ‘Ya tlileng pele ho nna o se a fetetse ka pela ka hobane o bile teng pele ho nna.’+ 31 Le nna ke ne ke sa mo tsebe empa ke kolobetsa ka metsi e le hore a ka tsebahala Iseraele.”+ 32 Johanne a paka a re: “Ke bone moya o theoha lehodimong o le jwalo ka leeba yaba o dula hodima hae.+ 33 Le nna ke ne ke sa mo tsebe empa Ya nthometseng ho kolobetsa ka metsi o ile a re ho nna: ‘Motho eo o bonang moya o theohela hodima hae ebe o a dula,+ ke yena ya kolobetsang ka moya o halalelang.’+ 34 Ke bone ha e etsahala ebile ke a paka hore enwa ke Mora wa Modimo.”+
35 Ka le hlahlamang, Johanne o ne a boetse a eme le barutuwa ba hae ba babedi. 36 Eitse ha a bona Jesu a feta a re: “Bonang Konyana+ ya Modimo.” 37 Ha barutuwa bao ba babedi ba utlwa a tjho jwalo, ba latela Jesu. 38 Jesu a hetla, a bona ba mo setse morao yaba o re ho bona: “Le batlang?” Ba re ho yena: “Rabi, (eo ha e fetolelwa e leng “Mosuwe”) o dula kae?” 39 A re ho bona: “Tloong le tla bona.” Yaba ba a ya, ba bona moo a dulang mme ba dula le yena letsatsing leo. E ne e ka ba hora ya bone mantsiboya.* 40 Andrease+ ngwanabo Simone Petrose ke e mong wa ba babedi ba ileng ba utlwa hore na Johanne o itseng yaba ba sala Jesu morao. 41 Ntho ya pele eo a ileng a e etsa ke ho ya ho Simone ngwanabo yaba o re ho yena: “Re fumane Mesia”+ (eo ha e fetolelwa e leng “Kreste”). 42 A mo isa ho Jesu. Ha Jesu a mo sheba a re: “O Simone+ mora wa Johanne. O tla bitswa Kefase” (eo ha e fetolelwa e leng “Petrose”).+
43 Ka le hlahlamang Jesu a rera ho ya Galilea. A kopana le Filipi+ yaba o re ho yena: “Eba morutuwa wa ka.” 44 Habo Filipi e ne e le Bethsaida motseng wa habo Andrease le Petrose. 45 Filipi a fumana Nathanaele+ mme a re ho yena: “Re fumane Jesu mora wa Josefa+ ya tswang Nazaretha eo Molao wa Moshe le dibuka tsa Baprofeta di buang ka yena.” 46 Empa Nathanaele a re ho yena: “Na ho na le letho le molemo le ka tswang Nazaretha?” Filipi a re ho yena: “Tlo bone.” 47 Ha Jesu a bona Nathanaele a tla ho yena a re: “Enwa ka nnete ke Moiseraele ya se nang bolotsana.”+ 48 Nathanaele a re ho yena: “O ntsebella kae?” Jesu a re: “Ke o bone o le tlasa sefate sa feie* pele Filipi a o bitsa.” 49 Nathanaele a re: “Rabi, o Mora wa Modimo, o Morena wa Iseraele.”+ 50 Jesu a re: “Na o dumela hobane ke itse ke o bone tlasa sefate sa feie? O tla bona dintho tse kgolo ho feta tsena.” 51 A boela a re: “Ke a le tiisetsa hore le tla bona lehodimo le bulehile mme mangeloi a Modimo a nyoloha le ho theohela ho Mora motho.”+
2 Ka letsatsi la boraro ho ne ho ena le letjhato Kana e Galilea, mme wa Jesu o ne a le teng moo. 2 Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba menngwe letjhatong leo.
3 Ha veine e fela, mme wa Jesu a re ho yena: “Ha ba na veine.” 4 Empa Jesu a re ho yena: “Nna le wena re kena kae tabeng eo?* Nako ya ka ha e eso fihle.” 5 Mme wa hae a re ho basebeletsi: “Le etse eng kapa eng eo a le bolellang yona.” 6 Ho ne ho ena le dinkgo tsa lejwe tse tsheletseng tse tshelang metsi tse neng di le teng bakeng sa ho itlhwekisa ho ya ka molao wa Bajuda.+ Nkgo ka nngwe e ne e tshela dilithara tse ka bang 44 ho ya ho tse 66.* 7 Jesu a re ho bona: “Tlatsang dinkgo tseo ka metsi.” Yaba ba di tlatsa tswete! 8 A re ho bona: “Kgang a mang ka moo, le a ise ho motsamaisi wa mokete.” Ka hoo ba a isa. 9 Motsamaisi wa mokete a latswa metsi a neng a se a fetotswe veine. O ne a sa tsebe hore na e tswa kae empa basebeletsi ba neng ba kgile metsi bona ba ne ba tseba. Ka hoo, motsamaisi wa mokete a bitsa monyadi 10 a re ho yena: “Batho ba atisa ho ntsha veine ya boleng bo phahameng pele ebe ha batho ba se ba tahilwe ke hona ba ntshang ya boleng bo tlase. Wena esale o boloka veine ya boleng bo phahameng ho fihlela hona jwale.” 11 Ntho ena eo Jesu a e entseng ha a le motseng wa Kana o Galilea e ne e le mohlolo wa hae wa pele. Ka ho etsa jwalo a bonahatsa matla*+ a hae mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.
12 Ka mora moo yena, mme wa hae, bana babo+ le barutuwa ba hae ba ya Kapernauma+ empa ha ba a ka ba dula moo nako e telele.
13 Paseka+ ya Bajuda e ne e le haufi yaba Jesu o nyolohela Jerusalema. 14 Ha a fihla ka tempeleng a fumana batho ba rekisa dikgomo, dinku le maeba.+ Ba tjhentjhang ditjhelete* le bona ba ne ba dutse ditulong. 15 A etsa sephadi sa diropo, a lelekela bohle ba nang le dinku le dikgomo ka ntle ho tempele, a qhala ditjhelete tsa tshepe tsa ba tjhentjhang ditjhelete le ho phethola ditafole tsa bona.+ 16 Yaba o re ho ba rekisang maeba: “Tlosang dintho tsena mona! Tlohelang ho etsa ntlo ya Ntate ntlo ya kgwebo!”+ 17 Barutuwa ba hae ba hopola hore mangolo a re: “Tjheseho ya ka bakeng sa ntlo ya hao e tla tuka.”+
18 Bajuda ba re ho yena: “O ka etsa mohlolo ofe ho re bontsha+ hore o na le matla a ho etsa dintho tsee?” 19 Jesu a re ho bona: “Heletsang tempele ena mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”+ 20 Bajuda ba re: “Tempele ena e hahuwe ka dilemo tse 46, jwale wena o re o tla e tsosa ka matsatsi a mararo?” 21 Empa tempele eo Jesu a neng a bua ka yona e ne e le mmele wa hae.+ 22 Ha a se a tsositswe bafung, barutuwa ba hae ba hopola hore o ne a hlola a tjho jwalo.+ Ka hoo, ba dumela ditaba tse ka mangolong le tseo Jesu a di buileng.
23 Ha a le moketeng wa Paseka Jerusalema, batho ba bangata ba dumela ho yena* ha ba bona mehlolo eo a neng a e etsa. 24 Empa Jesu o ne a sa ba tshepe haholo hobane o ne a ba tseba kaofela 25 hape o ne a sa hloke ho hlalosetswa hore na batho ba nahana jwang hobane o ne a tseba menahano ya batho.+
3 Ho ne ho ena le monna e mong wa Mofarisi ya bitswang Nikodemase.+ E ne e le moetapele wa Bajuda. 2 A tla ho Jesu bosiu+ yaba o re ho yena: “Rabi,+ re a tseba hore o mosuwe ya rometsweng ke Modimo hobane ha ho na motho ya ka etsang mehlolo ena+ ntle le ha a tsheheditswe ke Modimo.”+ 3 Jesu a re ho yena: “Ke a o tiisetsa hore ha motho a sa tswalwe hape+ a ke ke a bona Mmuso wa Modimo.”+ 4 Nikodemase a re: “Motho a ka tswalwa jwang a se a le moholo? Ha ho na motho ya ka kgutlelang ka popelong ya mme wa hae yaba o tswalwa hape.” 5 Jesu a re: “Ke a o tiisetsa hore ha ho na motho ya tla kena Mmusong wa Modimo a sa tswalwa ka metsi+ le ka moya.+ 6 Se tswetsweng ka nama ke nama, se tswetsweng ka moya ke moya. 7 O se ke wa mmakalla ha ke re le tlameha ho tswalwa hape. 8 Moya o fokela moo o batlang. Motho o utlwa modumo wa wona empa ha a tsebe hore na o tswa kae le hore na o ya kae. Ho jwalo le ka bohle ba tswetsweng ka moya.”+
9 Nikodemase a re ho yena: “Dintho tsee di ka etsahala jwang?” 10 Jesu a re: “Ho tla jwang hore ebe o mosuwe wa Iseraele empa o sa tsebe dintho tsee? 11 Ke a o tiisetsa hore re bua ntho eo re e tsebang ebile re paka ntho eo re e boneng empa lona ha le amohele bopaki boo re fanang ka bona. 12 Haeba ha le a ka la dumela ha ke le bolella dintho tsa lefatshe, le tla dumela jwang ha ke le bolella tsa lehodimo? 13 Ha ho motho ya nyolohetseng lehodimong+ haese ya theohileng teng+ e leng Mora motho. 14 Mora motho o tla phahamiswa+ feela jwalo ka ha Moshe a ile a phahamisa noha lefeelleng+ 15 e le hore bohle ba dumelang ho yena ba ka fumana bophelo bo sa feleng.+
16 Modimo o ratile lefatshe haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya mong*+ e le hore e mong le e mong ya bontshang hore o dumela ho yena a se ke a timetswa empa a fumane bophelo bo sa feleng.+ 17 Modimo ha a romela Mora wa hae lefatsheng hore a ahlole lefatshe empa hore lefatshe le pholoswe ka yena.+ 18 Motho ya bontshang hore o dumela ho yena a ke ke a ahlolwa.+ Ya sa bontsheng tumelo o se a ahlotswe hobane ha a bontsha tumelo lebitsong la Mora ya mong wa Modimo.+ 19 Lesedi le tlile lefatsheng+ empa batho ba ratile lefifi ho ena le lesedi ka ha mesebetsi ya bona e ne e le mebe, ke ka hoo ba tla ahlolwa. 20 Ya tlwaetseng ho etsa dintho tse fosahetseng o hloile lesedi mme ha a tle leseding e le hore mesebetsi ya hae e se ke ya senolwa.* 21 Empa ya etsang dintho tse lokileng o tla leseding+ e le hore mesebetsi ya hae e ka bonahatswa hore e dumellana le thato ya Modimo.”
22 Ka mora moo, Jesu le barutuwa ba hae ba ya Judea yaba o qeta nako a le moo le bona a bile a ntse a kolobetsa batho.+ 23 Johanne le yena o ne a kolobetsa batho a le Aenone haufi le Salime hobane metsi a le mangata moo.+ Batho ba ne ba tla ho yena ho tla kolobetswa.+ 24 Ka nako eo, Johanne o ne a eso kwallwe teronkong.+
25 Barutuwa ba Johanne ba pheha kgang le Mojuda e mong ka taba ya tlhwekiso. 26 Ba ya ho Johanne ba re: “Rabi, motho yane eo o re boleletseng ka yena eo o neng o ena le yena ka nqane ho Jordane,+ o ntse a kolobetsa batho mme batho bohle ba ya ho yena.” 27 Johanne a re: “Ha ho ntho eo motho a ka bang le yona ntle le ha a e filwe ho tswa lehodimong. 28 Le a tseba hore ke itse ha ke Kreste+ empa ke rometswe pele ho yena.+ 29 Monyaduwa ke wa monyadi.+ Empa ha motswalle wa monyadi a eme haufi mme a mo utlwa, o thaba haholo. Ka hoo ke thabile haholo. 30 Mosebetsi wa hae o tla nne o eketsehe ha wa ka o fokotseha.”
31 Ya tswang lehodimong+ o okametse ba bang kaofela. Ya tswang lefatsheng o bua ka dintho tsa lefatshe hobane a tswa lefatsheng. Ya tswang lehodimong o okametse ba bang kaofela.+ 32 O paka seo a se boneng le ho se utlwa+ empa ha ho motho ya amohelang bopaki ba hae.+ 33 Ya amohetseng bopaki ba hae o netefaditse* hore Modimo o bua nnete.+ 34 Motho eo Modimo a mo rometseng o bua ditaba tsa Modimo+ ka ha Modimo ha a timane ka moya wa hae. 35 Ntate o rata Mora+ mme o mo file dintho tsohle.+ 36 Ya bontshang hore o dumela ho Mora o tla fumana bophelo bo sa feleng.+ Ya sa mo mameleng a ke ke a bo fumana+ empa kgalefo ya Modimo e tla sala hodima hae.+
4 Ha Jesu a hlokomela hore Bafarisi ba utlwile hore o etsa barutuwa ba bangata+ ho feta Johanne ebile o a ba kolobetsa, 2 (le hoja Jesu e ne e se yena ya kolobetsang batho empa ba kolobetswa ke barutuwa ba hae) 3 a tloha Judea yaba o kgutlela Galilea. 4 O ile a tlameha ho feta le Samaria. 5 A fihla motseng wa Samaria o bitswang Sikare haufi le tshimo eo Jakobo a ileng a e fa mora wa hae Josefa.+ 6 Sediba sa Jakobo se ne se le hona moo.+ Ka ha Jesu o ne a kgathaditswe ke leeto, a dula sedibeng. E ne e ka ba ka 12 motshehare.*
7 Mosadi ya tswang Samaria a tla ho tlo kga metsi. Jesu a re ho yena: “A ko mphe metsi ke nwe.” 8 (Barutuwa ba hae ba ne ba ile motseng ho ya reka dijo.) 9 Mosadi wa Mosamaria a re: “Ho tla jwang hore ebe o nkopa metsi o le Mojuda empa nna ke le mosadi wa Mosamaria?” (Bajuda ha ba utlwane le Basamaria.)+ 10 Jesu a re: “Hoja o ne o tseba mpho* ya Modimo+ le hore na ke mang ya reng o mo fe metsi a nwe, o ka be o mo kopile yaba o o fa metsi a bophelo.”+ 11 Mosadi eo wa Mosamaria a re: “Mohlomphehi, ha o na le nkgo ya ho kga metsi, le sediba se tebile. Jwale metsi aa a bophelo ao o nang le ona a tswa kae? 12 Na o moholo ho moholoholo wa rona Jakobo ya re fileng sediba see, ya ileng a nwa ho sona mmoho le bara ba hae le dikgomo tsa hae?” 13 Jesu a re: “Bohle ba nwang metsi ana ba tla boela ba nyorwe. 14 Motho ya nwang metsi ao ke mo fang ona a ke ke a nyorwa+ empa metsi ao ke mo fang ona a tla fetoha sediba sa metsi ka hare ho yena, se runyang se fanang ka bophelo bo sa feleng.”+ 15 Mosadi eo a re: “Mohlomphehi, mphe metsi ana e le hore ke se ke ka nyorwa kapa ka nna ka tlo kga metsi mona.”
16 Jesu a re ho yena: “Tsamaya o tle le monna wa hao.” 17 Mosadi eo a re: “Ha ke na monna.” Jesu a re ho yena: “O bua nnete ha o re ha o na monna. 18 O bile le banna ba bahlano. Eo o dulang le yena hona jwale ha se monna wa hao. O bua nnete.” 19 Mosadi eo a re: “Mohlomphehi, ke a bona hore o moprofeta.+ 20 Baholoholo ba rona ba ne ba rapella thabeng ena empa lona le re batho ba lokela ho rapella Jerusalema.”+ 21 Jesu a re: “Nkgolwe ha ke re ho wena ho na le nako eo le ke keng la rapela Ntate thabeng ena kapa Jerusalema. 22 Le rapela ka ho hloka tsebo+ empa rona re na le tsebo hobane poloko e qala ho Bajuda.+ 23 Empa ho tloha hona jwale ho ya pele, barapedi ba nnete ba tla rapela Ntate ba tataiswa ke moya le nnete hobane Ntate o batla hore ba jwalo ba mo rapele.+ 24 Modimo ke moya*+ mme ba mo rapelang ba tla rapela ba tataiswa ke moya le nnete.”+ 25 Mosadi eo a re: “Ke a tseba hore Mesia e leng Kreste o a tla. Ha a fihla o tla re bolella dintho tsohle.” 26 Jesu a re: “Ke yena ya ntseng a bua le wena.”+
27 Ka nako eo, barutuwa ba hae ba fihla mme ba makalla hore ebe o ntse a bua le mosadi. Empa ha ho ya ileng a re: “O batlang?” kapa “O ntse o buelang le mosadi eo?” 28 Mosadi eo a siya nkgo ya hae ya metsi yaba o kena motseng o re ho batho: 29 “Tlo boneng motho ya mpoleletseng hantle dintho tsohle tseo ke di entseng. Na ebe ha se yena Kreste?” 30 Ba tswa motseng ba ya ho yena.
31 Ka nako eo, barutuwa ba ne ba ntse ba phehella Jesu+ hore a je. 32 Empa a re ho bona: “Ke na le dijo empa ha le tsebe ka tsona.” 33 Barutuwa ba buisana ba re: “Ebe ke mang ya mo tliseditseng dijo?” 34 Jesu a re ho bona: “Dijo tsa ka ke hore ke etse thato ya ya nthomileng+ le hore ke qete mosebetsi wa hae.+ 35 Ka nako ena ya selemo, le ye le re ho setse dikgwedi tse nne pele ho kotulwa. Empa nna ke re ho lona: Bonang ka moo masimo a sweufetseng ka teng bakeng sa kotulo.+ 36 Ya kotulang o se a ntse a amohela moputso le ho bokella ditholwana bakeng sa bophelo bo sa feleng e le hore ya jalang le ya kotulang ba ka thaba.+ 37 Mantswe ana a reng: E mong o a jala, e mong o a kotula, ke nnete. 38 Ke le rometse hore le kotule seo le sa se jalang. Ba bang ba sebeditse mme le fumane ditholwana tsa mosebetsi wa bona.”
39 Basamaria ba bangata ba tswang motseng oo ba dumela ho yena ka lebaka la seo mosadi eo a se buileng ha a re: “O mpoleletse hantle dintho tsohle tseo ke di entseng.”+ 40 Ha Basamaria ba fihla ho yena, ba mo kopa hore a se ke a tsamaya yaba o dula le bona matsatsi a mabedi. 41 Ba bang ba bangata ba dumela ho yena hobane ba utlwile dithuto tsa hae. 42 Ba re ho mosadi eo: “Ha re sa dumela hobane feela re utlwile ditaba tsa hao. Re ikutlwetse mme re kgodisehile hore ka nnete monna enwa ke mopholosi wa lefatshe.”+
43 Ka mora matsatsi a mabedi a ya Galilea. 44 Jesu o ne a boletse hore moprofeta ha a hlomphuwe ha habo.+ 45 Ha a fihla Galilea, Bagalilea ba mo amohela hobane ba bone dintho tsohle tseo a di entseng Jerusalema moketeng+ ka ha le bona ba ne ba ile moketeng.+
46 A kgutlela Kana e Galilea moo a neng a fetotse metsi veine.+ Ho ne ho ena le mohlanka wa morena eo mora wa hae a neng a kula motseng wa Kapernauma. 47 Ha a utlwa hore Jesu o tlohile Judea o tlile Galilea, a ya ho yena mme a mo kopa hore a tsamaye le yena a yo fodisa mora wa hae ka ha o ne a le makgatheng a lefu. 48 Empa Jesu a re ho yena: “Ntle le hore le bone mehlolo, le ke ke la dumela.”+ 49 Mohlanka wa morena a re ho yena: “Morena, a re tsamaye pele ngwanaka a shwa.” 50 Jesu a re ho yena: “Tsamaya, mora wa hao o fodile.”+ Mohlanka eo a kgolwa Jesu yaba o a tsamaya. 51 Ha a le tseleng a kgahlanyetswa ke makgoba a hae a mo bolella hore ngwana wa hae o fodile. 52 A botsa makgoba ao hore na o fodile ka nako mang yaba a re: “Feberu e ile ya fola maobane ka hora ya pele motshehare.”* 53 A hlokomela hore e ne e le ka yona nako eo Jesu a ileng a re ho yena: “Mora wa hao o fodile.”+ Ka hoo, yena le bohle ba ntlo ya hae ba dumela ho Jesu. 54 Ona ke mohlolo wa bobedi+ oo Jesu a o entseng ha a fihla Galilea a tswa Judea.
5 Ka mora moo, ha eba le mokete+ wa Bajuda yaba Jesu o nyolohela Jerusalema. 2 Ho ne ho ena le letamo Jerusalema Keiting ya Dinku+ le bitswang Bethezatha ka Seheberu, le nang le diphaseje tse hlano tse nang le dipilara ka mathoko. 3 Batho ba bangata ba kulang, ba sa boneng, ba holofetseng le ba shweleng ditho ba ne ba le moo. 4 *—— 5 Monna e mong o ne a ena le dilemo tse 38 a kula. 6 Ha Jesu a bona monna enwa mme a hlokomela hore o se a kutse nako e telele, a re ho yena: “Na o batla ho fola?”+ 7 Monna eo a re: “Mohlomphehi, ha ho na motho ya nkenyang ka letamong ha metsi a fuduhuwa, ha ke re ke a ya motho e mong o a mpheta.” 8 Jesu a re ho yena: “Ema o nke lempara la hao o tsamaye.”+ 9 Monna eo a fola hanghang yaba o nka lempara o a tsamaya.
Letsatsing leo e ne e le Sabatha. 10 Bajuda ba re ho monna eo: “Ke Sabatha, ha o a lokela ho jara lempara la hao.”+ 11 A re ho bona: “Motho ya mphekotseng ke yena ya itseng ke nke lempara la ka ke tsamaye.” 12 Ba re: “Ke mang ya itseng o le nke o tsamaye?” 13 Monna eo o ne a sa tsebe hore na o fodisitswe ke mang hobane Jesu o ne a se a keneletse ka hara letshwele.
14 Ha morao Jesu a kopana le yena ka tempeleng mme a re ho yena: “Ha e le mona o fodile, o se ke wa hlola o etsa sebe e le hore o se ke wa etsahallwa ke ntho e mpe le ho feta.” 15 Monna eo a ya ho Bajuda a ba bolella hore ke Jesu ya mo fodisitseng. 16 Ka hoo, Bajuda ba hlorisa Jesu hobane o ne a etsa dintho tsena ka Sabatha. 17 Jesu a re ho bona: “Haesale Ntate a sebetsa ho fihlela hona jwale, le nna ke ntse ke sebetsa.”+ 18 Bajuda ba eba le mabaka a eketsehileng a ho batla ho mo bolaya hobane ba re o tlola molao wa Sabatha ebile o iketsa ya lekanang le Modimo+ ka hore a re Modimo ke Ntate wa hae.+
19 Jesu a re ho bona: “Ke a le tiisetsa hore Mora a ke ke a etsa letho leo a iqapelang lona, o etsa feela ntho eo a bonang Ntate wa hae a e etsa.+ Mora o etsisa Ntate wa hae dinthong tsohle. 20 Ntate o rata Mora+ mme o mo bontsha dintho tsohle tseo a di etsang. O tla mo bontsha mesebetsi e meholo ho ena e le hore le ka tsota.+ 21 Feela jwalo ka ha Ntate a tsosa bafu,+ Mora le yena o tsosa bao a batlang ho ba tsosa.+ 22 Ha ho na motho eo Ntate a mo ahlolang empa o file Mora mosebetsi wa ho ahlola batho bohle+ 23 e le hore bohle ba ka hlompha Mora jwalo ka ha ba hlompha Ntate. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntate ya mo rommeng.+ 24 Ke a le tiisetsa hore ya mmamelang mme a dumela ho ya nthomileng o tla phela ka ho sa feleng.+ A ke ke a ahlolwa empa o fetile lefu a tla bophelong.+
25 Ke a le tiisetsa hore ho tloha hona jwale ho ya pele, bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo mme ba ileng ba mo mamela ba tla phela. 26 Jwalo ka ha Ntate a ena le matla a ho fana ka bophelo,+ o file Mora matla a ho fana ka bophelo.+ 27 O mo file matla a ho ahlola+ hobane ke Mora motho.+ 28 Le se ke la makala hobane ho na le nako eo bohle ba mabitleng* ba tla utlwa lentswe la hae+ 29 ebe ba a tswa. Ba entseng dintho tse lokileng ba tla tsohela bophelo, ba neng ba tlwaetse ho etsa dintho tse fosahetseng ba tsohele kahlolo.*+ 30 Nke ke ka etsa letho leo ke iqapelang lona. Ke ahlola ho ya ka seo Ntate a mpolellang sona. Kahlolo eo ke fanang ka yona e lokile+ hobane ha ke batle ho etsa thato ya ka empa ke batla ho etsa thato ya ya nthomileng.+
31 Haeba e le nna feela ya ipakang, bopaki ba ka ha se nnete.+ 32 Ho na le e mong ya mpakang mme ke a tseba hore bopaki boo a mpakang ka bona ke nnete.+ 33 Le romme batho ho Johanne mme o fane ka bopaki ba nnete ka nna.+ 34 Ha ke hloke bopaki bo tswang ho motho empa ke bua dintho tsena hore le pholohe. 35 Johanne e ne e le lebone le tukang le le kganyang mme ka nakwana le ne le ikemiseditse ho thabela lesedi la hae haholo.+ 36 Ke na le bopaki bo fetang ba Johanne hobane mesebetsi eo Ntate a mphileng yona e leng mesebetsi eo ke e etsang, e a paka hore Ntate o nthomile.+ 37 Le Ntate o buile hore o nthomile.+ Ha le eso utlwe lentswe la hae ebile ha le eso mo bone.+ 38 Lentswe la hae ha le a dula ka dipelong tsa lona hobane ha le dumele eo a mo rommeng.
39 Le batlisisa Mangolo+ hobane le nahana hore a tla le thusa ho fumana bophelo bo sa feleng, athe ke ona a mpakang.+ 40 Empa ha le batle ho tla ho nna+ hore le fumane bophelo. 41 Ha ke amohele thoriso e tswang ho batho. 42 Ke tseba hantle hore ha le rate Modimo. 43 Ke tlile ka lebitso la Ntate empa ha le nkamohele. Haeba motho e mong a ne a ka itlela ka lebitso la hae, le ne le tla mo amohela. 44 Le ka dumela jwang empa le rorisana, le sa batle thoriso e tswang ho eo e leng yena feela Modimo?+ 45 Le se ke la nahana hore ke tla le qosa ho Ntate. Ho na le ya le qosang, ke Moshe+ eo le mo tshepileng. 46 Hoja le ne le dumela ditaba tsa Moshe, le ne le tla dumela le tsa ka hobane o ile a ngola ka nna.+ 47 Empa haeba le sa dumele mangolo a hae, le tla dumela ditaba tsa ka jwang?”
6 Ka mora moo, Jesu a tshelela ka nqane ho Lewatle la Galilea kapa Tiberiase.+ 2 Batho ba bangata ba ne ba mo setse morao+ hobane ba bona mehlolo eo a e etsang ka ho fodisa ba kulang.+ 3 Jesu a nyolohela thabeng ho ya dula moo le barutuwa ba hae. 4 Mokete wa Bajuda+ wa Paseka o ne o le haufi. 5 Ha Jesu a bona hore batho ba bangata ba tla ho yena a re ho Filipi: “Re tla reka mahobe hokae hore batho baa ba je?”+ 6 O ne a tjho jwalo e le hore a utlwe hore na o nahanneng hobane a tseba hore na o tla tloha a etsang. 7 Filipi a re: “Esita le mahobe a didenari* tse 200 a fokola haholo bakeng sa ho fepa setjhaba sena.” 8 E mong wa barutuwa ba hae e leng Andrease ngwanabo Simone Petrose a re ho yena: 9 “Moshanyana ke enwa ya nang le mahobe a mahlano a harese le ditlhapi tse pedi tse nyenyane empa di nyenyane haholo bakeng sa ho fepa setjhaba sena.”+
10 Jesu a re: “Ereng batho ba dule fatshe.” Ho ne ho ena le jwang bo bongata sebakeng seo, ka hoo batho ba dula fatshe. Hara bona ho ne ho ena le banna ba 5 000.+ 11 Jesu a nka mahobe, a rapela yaba o a fa batho ba dutseng fatshe. A etsa jwalo le ka ditlhapi tse nyenyane mme ba ja ho fihlela ba kgotsofetse. 12 Ha ba se ba kgotshe a re ho barutuwa ba hae: “Bokellang dijo tse setseng e le hore ho se ke ha eba le letho le senyehang.” 13 Ka hoo, ba bokella dijo tse setseng ha ho ne ho jewa mahobe a mahlano a harese mme tsa tlala dibaskete tse 12.
14 Ha batho ba bona mohlolo ona ba re: “Ka nnete enwa ke Moprofeta eo ho itsweng o tla tla lefatsheng.”+ 15 Ka ha Jesu o ne a tseba hore ba tlo mo tshwara ba mo etse morena, a kgutlela thabeng a le mong.+
16 Ha shwalane e tshwara, barutuwa ba hae ba theohela lewatleng.+ 17 Ba palama sekepe, ba tshelela ka nqane ho lewatle ho ya Kapernauma. Ka nako eo, ho ne ho se ho le lefifi empa Jesu a eso fihle ho bona.+ 18 Ka ha moya o ne o le matla, lewatle le ne le befile.+ 19 Ha ba se ba tsamaile dikhilomithara tse ka bang hlano kapa tse tsheletseng* ka sekepe, ba bona Jesu a tsamaya hodima lewatle a atamela ho bona yaba ba a tshoha. 20 A re ho bona: “Le se ke la tshoha, ke nna.”+ 21 Jwale ba utlwa ba lokolohile hore a ka kena ka sekepeng yaba sekepe se fihla lebopong moo ba neng ba ya teng.+
22 Ka le hlahlamang, batho ba neng ba setse ka lehlakoreng le leng la lewatle ba fumana ho se na sekepe moo. Sekepe se le seng se senyenyane se ne se kile sa eba teng moo. Barutuwa ba Jesu ba ne ba tsamaile ka sona empa ba sa tsamaya le yena. 23 Dikepe tse tswang Tiberiase tsa fihla haufi le moo ba jeletseng bohobe teng ka mora hore Morena a rapele. 24 Ha ba bona hore Jesu le barutuwa ba hae ha ba sa le yo, ba palama diketswana ba ya Kapernauma ho ya batla Jesu.
25 Ha ba mo fumana ka nqane ho lewatle ba re ho yena: “Rabi,+ o fihlile neng moo?” 26 Jesu a re ho bona: “Ho hlakile hore ha le mpatle hobane le bone mehlolo eo ke e entseng empa le mpatla hobane le jele mahobe la kgora.+ 27 Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang empa le sebeletse dijo tse sa senyeheng tse tlisang bophelo bo sa feleng,+ tseo Mora motho a tla le fa tsona ka ha Ntate e leng Modimo, o mo dumeletse ho etsa jwalo.”*+
28 Ba re ho yena: “Re etseng hore Modimo a re amohele?” 29 Jesu a re ho bona: “Modimo o batla hore le bontshe hore le dumela ho eo a mo rommeng.”+ 30 Ba re ho yena: “O tlo re bontsha mohlolo ofe+ e le hore re o kgolwe? O tlo etsang? 31 Baholoholo ba rona ba ile ba ja manna lefeelleng+ jwalo ka ha Mangolo a re: ‘O ile a ba fa bohobe bo tswang lehodimong hore ba je.’”+ 32 Jesu a re ho bona: “Ke a le tiisetsa hore Moshe ha a ka a le fa bohobe bo tswang lehodimong empa Ntate o le fa bohobe ba nnete bo tswang lehodimong. 33 Bohobe boo Modimo a fanang ka bona ke ya theohang lehodimong mme a fa lefatshe bophelo.” 34 Ba re ho yena: “Morena, o dule o re fa bohobe bona.”
35 Jesu a re ho bona: “Ke nna bohobe ba bophelo. Ya tlang ho nna a ke ke a lapa ho hang hape ya bontshang hore o dumela ho nna a ke ke a nyorwa le ka mohla.+ 36 Ke le jwetsitse hore ha le dumele le hoja le mpone.+ 37 Batho bohle bao Ntate a mphang bona ba tla tla ho nna. Ya tlang ho nna nke ke ka mo leleka+ 38 hobane ha ke a theoha lehodimong+ ho tla iketsetsa thato ya ka empa ho etsa thato ya ya nthomileng.+ 39 Thato ya ya nthomileng ke hore ke se ke ka lahlehelwa le ke ya mong wa bao a mphileng bona empa hore ke ba tsose+ ka letsatsi la ho qetela. 40 Thato ya Ntate ke hore e mong le e mong ya amohelang Mora a bile a bontsha hore o dumela ho yena a be le bophelo bo sa feleng+ mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.”+
41 Bajuda ba honotha hobane a itse ke yena bohobe bo tswang lehodimong.+ 42 Ba re: “Na eo ha se Jesu mora wa Josefa? Batswadi ba hae re a ba tseba,+ jwale ho tla jwang hore ebe o re o theohile lehodimong?” 43 Jesu a re ho bona: “Tlohelang ho honotha. 44 Ha ho motho ya ka tlang ho nna ntle le ha a hulwa ke Ntate ya nthomileng.+ Ke tla tsosa motho eo ka letsatsi la ho qetela.+ 45 Mangolong a Baprofeta ho itswe: ‘Kaofela ba tla rutwa ke Jehova.’*+ Motho ya mamelang Ntate a bile a ithuta ho yena o tla ho nna. 46 Ha ho motho ya boneng Ntate+ haese ya tswang ho yena.* Enwa ke yena ya boneng Ntate.+ 47 Ke a le tiisetsa hore ya dumelang o tla fumana bophelo bo sa feleng.+
48 Ke nna bohobe ba bophelo.+ 49 Baholoholo ba lona ba ile ba ja manna lefeelleng empa ba shwa.+ 50 Ya jang bohobe bo tswang lehodimong yena a ke ke a shwa. 51 Ke nna bohobe ba bophelo, bo theohileng lehodimong. Motho ya jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng. Bohobe boo ke tla fana ka bona e le hore batho* ba phele, ke nama ya ka.”+
52 Bajuda ba phehisana ba re: “Na ka nnete monna eo a ka re o tla re fa nama ya hae re e je?” 53 Ka hoo, Jesu a re ho bona: “Ke a le tiisetsa hore le ke ke la fumana bophelo* ha le sa je nama ya Mora motho le ho nwa madi a hae.+ 54 Ya jang nama ya ka le ho nwa madi a ka o tla fumana bophelo bo sa feleng mme ke tla mo tsosa+ ka letsatsi la ho qetela. 55 Nama ya ka ke dijo tsa nnete le madi a ka ke seno sa nnete. 56 Ya jang nama ya ka le ho nwa madi a ka, nna le yena re tla momahana.+ 57 Jwalo ka ha Ntate ya phelang a nthomile mme ke phela ka lebaka la hae, ya jang nama ya ka o tla phela ka lebaka la ka.+ 58 Bona ke bohobe bo theohileng lehodimong. Ha bo tshwane le boo baholoholo ba lona ba bo jeleng empa ba nna ba shwa. Ya jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.”+ 59 Jesu o buile dintho tsena ha a ntse a ruta ntlong ya thapelo* Kapernauma.
60 Ha barutuwa ba hae ba utlwa a tjho jwalo, ba bangata ba re: “Re ke ke ra mamela ditaba tse tshosang tjena.” 61 Ka ha Jesu o ne a tseba hore barutuwa ba hae ba ntse ba honotha ka seo a se buileng, a re ho bona: “Na taba ee e a le kgopisa? 62 Le ne le ka etsang ha le bona Mora motho a nyolohela moo a tswang?+ 63 Ke moya wa Modimo o fanang ka bophelo,+ nama yona ha e na thuso. Dintho tseo ke le boleletseng tsona di tswa ho moya wa Modimo mme di fana ka bophelo.+ 64 Empa ba bang ba lona ha le dumele.” Ho tloha qalong, Jesu o ne a tseba hore na ke bomang ba sa dumeleng le hore na ke mang ya tlo mo rekisa.*+ 65 A boela a re: “Ke ka lebaka leo ke itseng ho lona, ha ho ya ka tlang ho nna ntle le ha a dumeletswe ke Ntate.”+
66 Ka hoo, barutuwa ba hae ba bangata ba kgaotsa ho tsamaya le yena yaba ba kgutlela dinthong tsa bona.+ 67 Jesu a re ho baapostola ba 12: “Na le lona le batla ho tsamaya?” 68 Simone Petrose a re: “Morena, re tla tsamaya re ye ho mang?+ Mantswe a hao a fana ka bophelo bo sa feleng.+ 69 Re a dumela ebile re a tseba hore o Mohlanka ya Halalelang wa Modimo.”+ 70 Jesu a re ho bona: “Ke nna ya le kgethileng lona ba 12.+ Empa e mong wa lona ke moetselletsi.”*+ 71 O ne a bua ka Judase mora wa Simone Iskariota hobane o ne a tlo mo eka le hoja e ne e le e mong wa baapostola ba 12.+
7 Ka mora moo, Jesu a nna a etela dibaka tsa Galilea. O ne a sa batle ho etela Judea hobane Bajuda ba ne ba batla ho mo bolaya.+ 2 Empa Bajuda ba ne ba le haufi le ho keteka Mokete wa Ditabernakele.*+ 3 Ka hona, bana babo+ ba re ho yena: “Tsamaya o ye Judea e le hore barutuwa ba hao ba moo le bona ba ka bona mesebetsi eo o e etsang. 4 Motho ya batlang ho tsejwa ha a etsetse letho sephiring. Haeba o etsa dintho tsena, di etse moo batho bohle ba o bonang.” 5 Bana babo ba ne ba sa dumele ho yena.+ 6 Jesu a re ho bona: “Nako ya ka ha e eso fihle+ empa lona le ka ya neng kapa neng. 7 Lefatshe ha le na lebaka la ho le hloya empa nna le ntlhoile hobane ke paka hore mesebetsi ya lefatshe e mebe.+ 8 Lona eyang moketeng, nna ha ke ye hona jwale hobane nako ya ka ha e eso fihle.”+ 9 Ka mora ho ba bolella ditaba tsena a sala Galilea.
10 Empa ha bana babo ba se ba ile moketeng, le yena a ya ho se na motho ya tsebang. 11 Bajuda ba mo batla moketeng ba ntse ba re: “Monna elwa o kae?” 12 Ho ne ho ena le menyenyetsi e mengata ka yena. Ba bang ba ne ba re: “Ke monna ya lokileng.” Ba bang ba re: “Ha a loka, o kgelosa batho.”+ 13 Empa ho ne ho se na ya nang le sebete sa ho bua ka yena ka pela batho ka lebaka la ho tshaba Bajuda.+
14 Matsatsi a ka bang mane ka mora hore mokete o qale, Jesu a ya tempeleng a ruta batho. 15 Bajuda ba makala ba re: “Ho tla jwang hore ebe monna eo o tseba Mangolo+ hakaale empa a sa ya dikolong?”*+ 16 Ha Jesu a ba araba a re: “Seo ke se rutang ha se sa ka empa ke sa ya nthomileng.+ 17 Motho ya batlang ho etsa thato ya Modimo o tla tseba hore na seo ke se rutang se tswa ho Modimo+ kapa ke iqapetse sona. 18 Ya iqapelang o ipatlela thoriso empa ya batlang thoriso ya motho ya mo rommeng+ o bua nnete ebile o lokile. 19 Moshe o le file Molao+ empa ha ho le ya mong wa lona ya o mamelang. Ke hobaneng ha le batla ho mpolaya?”+ 20 Batho ba re: “O na le modemona. Ke mang ya batlang ho o bolaya?” 21 Jesu a re: “Ha ke etsa mohlolo o le mong feela ka sabatha, kaofela le a makala. 22 Moshe o le file Molao wa lebollo+ (eseng hore le qadile ka yena empa le qadile ka baholoholo ba hae)+ mme le bolotsa motho ka sabatha. 23 Haeba motho o a bolotswa ka sabatha e le hore a mamele Molao wa Moshe, ke hobaneng ha le nkgalefela ha ke phekotse motho ka sabatha?+ 24 Kgaotsang ho ahlola ho ya ka seo le se bonang empa le ahlole ka toka.”+
25 Ba bang ba batho ba dulang Jerusalema ba re: “Na eo ha se yena monna eo ba batlang ho mo bolaya?+ 26 Ke enwa mona o bua a sa ipata empa ha ba re letho ho yena. Na ebe ka nnete babusi ba nahana hore motho eo ke Kreste? 27 Ha Kreste a tla, ha ho na motho ya tla tseba hore na o tswa kae.+ Empa monna enwa yena re a tseba hore na o tswa kae.” 28 Jesu a phahamisa lentswe ha a ntse a ruta ka tempeleng a re: “Ke nnete le a ntseba ebile le a tseba le hore na ke tswa kae empa ha ke a itlisa.+ Ya nthomileng o a phela le hoja le sa mo tsebe.+ 29 Nna ke a mo tseba+ hobane ke tswa ho yena mme ke yena ya nthomileng.” 30 Ba batla ho mo tshwara+ empa ba hloleha hobane nako ya hae e ne e eso fihle.+ 31 Ho ntse ho le jwalo, batho ba bangata ba dumela ho yena+ mme ba re: “Ha Kreste a fihla, o tla etsa mehlolo e mengata. Na ha se yona ntho eo monna eo a e entseng?”
32 Bafarisi ba utlwa batho ba hweshetsa ka dintho tsena yaba bona le baprista ba baholo ba roma balaodi ho ya mo tshwara. 33 Jesu a re: “Ke tla ba le lona ka nakwana pele ke ya ho ya nthomileng.+ 34 Le tla mpatla empa le ke ke la mphumana, moo ke leng teng le ke ke la kgona ho fihla.”+ 35 Yaba Bajuda ba a botsana ba re: “Monna eo o rera ho ya kae moo re ke keng ra mo fumana? Ebe o rera ho ya ho Bajuda ba phelang hara Bagerike e le hore a rute Bagerike? 36 O bolelang ha a re re tla mo batla empa re ke ke ra mo fumana, moo a leng teng re ke ke ra kgona ho fihla?”
37 Ka letsatsi la ho qetela e leng letsatsi le leholo la mokete,+ Jesu a ema a phahamisa lentswe a re: “Motho ya nyorilweng a tle ho nna a tlo nwa.+ 38 Jwalo ka ha lengolo le boletse, ya dumelang ho nna, ‘Melapo ya metsi a bophelo e tla phalla ho tswa pelong ya hae.’”+ 39 Jesu o ne a bua ka moya oo batho ba dumelang ho yena ba neng ba le haufi le ho o fuwa. Ka nako eo, o ne o eso be teng+ hobane Jesu o ne a eso tlotliswe.+ 40 Ba bang ba batho ba ileng ba utlwa mantswe ana ba re: “Ka nnete motho enwa ke yena Moprofeta.”+ 41 Ba bang ba ne ba re: “Enwa ke yena Kreste.”+ Ba bang bona ba re: “Na Kreste o tswa Galilea?+ 42 Na lengolo ha le re Kreste o tswa baneng ba Davida+ le hore o tswa Bethlehema+ e leng motsana oo Davida a tswang ho ona?”+ 43 Yaba batho ba fapana ka maikutlo ka lebaka la hae. 44 Ba bang bona ba ne ba batla ho mo tshwara empa ba hloleha.
45 Balaodi bao ba kgutlela ho baprista ba baholo le Bafarisi. Baprista ba baholo le Bafarisi ba re ho bona: “Ha le a tla le yena keng?” 46 Balaodi ba re: “Ha re eso utlwe motho ya buang tjena.”+ 47 Bafarisi ba re: “Le lona Jesu o le kgelositse? 48 Ha ho le ya mong wa babusi kapa Bafarisi ya dumetseng ho yena.+ 49 Empa batho bana ba sa tsebeng Molao ba rohakilwe.” 50 Nikodemase ya neng a kile a kopana le Jesu ebile e le e mong wa Bafarisi a re ho bona: 51 “Molao wa rona ha o re dumelle ho ahlola motho pele re utlwa lehlakore la hae le hore na o entseng.”+ 52 Ba re ho yena: “Na le wena o tswa Galilea? Batla ka Mangolong o bone hore ha ho na moprofeta ya tla tswa Galilea.”*
8 12 Jesu a bua le bona hape a re: “Ke nna lesedi la lefatshe.+ Ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing empa o tla ba le lesedi+ le fanang ka bophelo.” 13 Bafarisi ba re ho yena: “O a ipakela empa bopaki ba hao ha se nnete.” 14 Jesu a re ho bona: “Le haeba ke a ipakela, bopaki ba ka ke nnete hobane ke a tseba hore na ke tswa kae le hore na ke ya kae.+ Empa lona ha le tsebe hore na ke tswa kae le hore na ke ya kae. 15 Le ahlola ho ya ka menahano ya batho,+ nna ha ho motho eo ke mo ahlolang. 16 Le haeba ke ahlola, kahlolo ya ka e lokile hobane ha ke mong, Ntate ya nthomileng o na le nna.+ 17 Hape Molao wa lona o re: ‘Bopaki ba batho ba babedi ke nnete.’+ 18 Ke a ipakela le Ntate ya nthomileng o a mpakela.”+ 19 Ba re ho yena: “Ntate eo wa hao o kae?” Jesu a re: “Ha le ntsebe ebile ha le tsebe Ntate.+ Hoja le ne le ntseba, le ka be le tseba le Ntate.”+ 20 O buile ditaba tsena ha a ntse a ruta ka tempeleng a le moo ho bolokwang matlotlo.+ Ha ho na motho ya ileng a mo tshwara hobane nako ya hae e ne e eso fihle.+
21 A boela a re ho bona: “Ke a tsamaya, lona le tla mpatla empa moo ke yang le ke ke la fihla.+ Le tla shwa le ntse le le baetsadibe.”+ 22 Bajuda ba re: “Ha a re moo a yang re ke ke ra fihla, ebe o rera ho ipolaya?” 23 A re ho bona: “Lona le tswa lefatsheng, nna ke tswa hodimo.+ Lona le tswa lefatsheng lena, nna ha ke tswe teng. 24 Ke ka lebaka leo ke itseng ho lona: Le tla shwa le ntse le le baetsadibe. Haeba le sa dumele hore ke nna ya ronngweng, le tla shwa le ntse le le baetsadibe.” 25 Ba re ho yena: “O mang?” Jesu a re ho bona: “Ke hobaneng ha ke itshenyetsa nako ka ho bua le lona? 26 Ho na le dintho tse ngata tseo nka di buang ka lona le ho le ahlolela tsona. Tsebang hore ya nthomileng o bua nnete ka mehla mme dintho tseo ke di utlwileng ho yena ke di bua lefatsheng.”+ 27 Ba ne ba sa utlwisise hore o bua ka Ntate wa hae ya lehodimong. 28 Jesu a re: “Hang ka mora hore le fanyehe Mora motho,+ le tla tseba hore nna ke yena+ le hore ha ke etse letho leo ke iqapetseng lona,+ ke bua dintho tseo ke di rutilweng ke Ntate. 29 Ya nthomileng o na le nna. Ha a ntahla hobane ka mehla ke etsa dintho tse mo thabisang.”+ 30 Ha a ntse a bua dintho tsena, batho ba bangata ba dumela ho yena.
31 Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Haeba le dula le mamela dithuto tsa ka, ehlile le barutuwa ba ka. 32 Le tla tseba nnete+ mme nnete e tla le lokolla.”+ 33 Ba re: “Re bana ba Abrahama ebile ha re eso be makgoba a motho. O bolelang ha o re re tla lokoloha?” 34 Jesu a re: “Ke a le tiisetsa hore bohle ba etsang sebe ke makgoba a sona.+ 35 Hape lekgoba ha le dule ka lapeng ka ho sa feleng, mora ke yena ya dulang ka ho sa feleng. 36 Haeba Mora a le lokolla, le tla fela le lokolohe. 37 Ke a tseba hore le bana ba Abrahama empa le batla ho mpolaya hobane ha le dumele dithuto tsa ka. 38 Ke bua dintho tseo ke ithutileng tsona ho Ntate+ empa lona le etsa dintho tseo le di utlwileng ho ntate wa lona.” 39 Ba re ho yena: “Ntate wa rona ke Abrahama.” Jesu a re ho bona: “Hoja le ne le le bana ba Abrahama,+ le ka be le mo etsisa. 40 Empa jwale le batla ho mpolaya, nna ya le boleletseng nnete eo ke e utlwileng ho Modimo.+ Abrahama ha a ka a etsa jwalo. 41 Lona le etsisa ntate wa lona.” Ba re ho yena: “Ha re bana ba matsheo,* re na le Ntate a le mong e leng Modimo.”
42 Jesu a re ho bona: “Hoja Modimo e ne e le Ntate wa lona, le ka be le nthata+ hobane ke nna enwa ke tswa ho yena. Ha ke a itlisa, ke ronngwe ke Modimo.+ 43 Ha le nkutlwisise hobane ha le a ikemisetsa ho mmamela. 44 Le tswa ho ntate wa lona Diabolose ebile le batla ho mo thabisa.+ E bile mmolai ho tloha qalong+ mme o ile a lahla nnete hobane ha a e rate. O bua leshano hobane ke mokgwa wa hae, o leshano ebile ke ntate wa leshano.+ 45 Ka ha nna ke bua nnete, ha le nkgolwe. 46 Ke mang ho lona ya ka pakang hore ke entse sebe? Haeba ke bua nnete, hobaneng ha le sa nkgolwe? 47 Bana ba Modimo ba a mo mamela.+ Ka ha lona ha le tswe ho Modimo, ha le mamele.”+
48 Bajuda ba re ho yena: “Na ha re nepe ha re re o Mosamaria+ ebile o na le modemona?”+ 49 Jesu a re: “Ha ke na modemona, ke hlompha Ntate empa lona ha le ntlhomphe. 50 Ha ke ipatlele thoriso,+ Modimo ke yena ya batlang hore ke roriswe mme ke yena moahlodi. 51 Ke a le tiisetsa hore ya mmamelang a ke ke a shwa.”+ 52 Bajuda ba re ho yena: “Jwale re a tseba hore ehlile o na le modemona. Abrahama o ile a shwa le baprofeta ba shwele. Jwale wena o re motho ya o mamelang a ke ke a shwa? 53 Na o inka o le moholo ho ntate wa rona Abrahama ya ileng a shwa? Le baprofeta ba ile ba shwa. Jwale wena o nahana hore o mang?” 54 Jesu a re: “Haeba ke itlotlisa, thoriso ya ka ha se letho. Ke Ntate ya ntlotlisang,+ yena eo le reng ke Modimo wa lona. 55 Nna ke a mo tseba,+ lona ha le mo tsebe.+ Hoja ke itse ha ke mo tsebe, ke ne ke tla be ke le leshano jwalo ka lona. Empa ehlile ke a mo tseba ebile ke a mo mamela. 56 Ntate wa lona Abrahama o ne a lebelletse letsatsi leo ke tla tla ka lona. O ile a le bona yaba o a thaba.”+ 57 Bajuda ba re ho yena: “Ha o eso be le dilemo di 50 empa o re o bone Abrahama?” 58 Jesu a re ho bona: “Ke a le tiisetsa hore ke bile teng pele Abrahama a eba teng.”+ 59 Ba thonaka majwe hore ba mo betse ka ona empa a ipata yaba o tswa ka tempeleng.
9 Ha Jesu a ntse a tsamaya, a bona monna ya hlahileng a sa bone. 2 Barutuwa ba re ho Jesu: “Rabi,+ ha e le moo monna eo a hlahile a sa bone, ke mang ya entseng sebe? Na ke yena kapa ke batswadi ba hae?” 3 Jesu a re: “Ha se yena kapa batswadi ba hae ba entseng sebe empa e ne e le hore ka yena batho ba ka bona mesebetsi ya Modimo.+ 4 Ha e sa ntse e le motshehare re tla etsa mosebetsi wa ya nthomileng.+ Ha bosiu bo fihla ha ho na motho ya tla sebetsa. 5 Ke nna lesedi la lefatshe ha feela ke ntse ke le lefatsheng.”+ 6 Ka mora moo, a tshwela mathe fatshe a etsa seretse ka ona yaba o mo tlotsa mahlong ka sona.+ 7 A re ho yena: “Tsamaya o yo itlhatswa letamong la Siloame” (e fetolelwang e le “Rometswe”). A tsamaya a itlhatswa yaba o kgutla a bona.+
8 Baahisani le batho ba neng ba ye ba mo bone e le mokopakopa ba re: “Monna eo ha se elwa ya neng a dula a kopa?” 9 Ba bang ba ne ba re: “Ke yena.” Ba bang ba re: “Tjhe, o mpa a tshwana le yena.” Empa yena a re: “Ke nna.” 10 Ba re ho yena: “Ho tla jwang hore ebe o se o bona?” 11 A re: “Monna ya bitswang Jesu o ile a etsa seretse a ntlotsa ka sona mahlong yaba o re ke ye letamong la Siloame ke itlhatswe.+ Ke ile ka ya, ka itlhatswa yaba ke a bona.” 12 Ba re: “O kae monna eo?” A re: “Ha ke tsebe.”
13 Ba isa monna eo ya butsweng mahlo ho Bafarisi. 14 Letsatsi leo ka lona Jesu a ileng a etsa seretse mme a bula mahlo a hae+ e ne e le Sabatha.+ 15 Bafarisi le bona ba mo botsa hore na ho tlile jwang hore a bone. A re ho bona: “O ile a ntlotsa ka seretse mahlong, ka itlhatswa yaba ke a bona.” 16 Bafarisi ba bang ba re: “Motho enwa ha a tswe ho Modimo hobane ha a mamele melao ya Sabatha.”+ Ba bang ba re: “Moetsadibe a ka etsa mehlolo ee jwang?”+ Ba fapana ka maikutlo.+ 17 Ka hoo, ba re ho monna ya neng a foufetse: “O reng ka yena hobane ke wena motho eo a mo butseng mahlo?” Monna eo a re: “Motho eo ke moprofeta.”
18 Bajuda ba ne ba sa kgolwe hore o ne a foufetse jwale o se a bona, ho fihlela ba bitsa batswadi ba hae. 19 Bajuda ba re: “Na eo ke mora wa lona? O hlahile a sa bone? Jwale ho tla jwang hore ebe o a bona?” 20 Batswadi ba hae ba re: “E, ke mora wa rona, o hlahile a foufetse. 21 Empa ha re tsebe hore na ho tla jwang hore ebe o a bona le hore na ke mang ya butseng mahlo a hae. Mo botseng. O moholo o tla kgona ho ipuella.” 22 Batswadi ba hae ba ne ba tjho jwalo hobane ba tshaba Bajuda+ ka ha Bajuda ba ne ba dumellane hore motho ya tla re Jesu ke Kreste a lelekwe ntlong ya thapelo.*+ 23 Ke ka hoo batswadi ba hae ba ileng ba re: “O moholo, mo botseng.”
24 Ba boela ba bitsa monna ya neng a sa bone ba re ho yena: “Tlotlisa Modimo. Re a tseba hore monna enwa ke moetsadibe.” 25 A re: “Hore na ke moetsadibe ha ke tsebe. Ntho eo ke e tsebang ke hore ke ne ke sa bone empa jwale ke se ke bona.” 26 Ba re ho yena: “O ile a o etsang? O butse mahlo a hao jwang?” 27 A re: “Ke le boleletse empa ha le a mmamela. Ke hobaneng ha le batla ke phete taba eo? Na le lona le batla ho ba barutuwa ba hae?” 28 Ba bua le yena ka ho tella ba re: “Wena o morutuwa wa hae empa rona re barutuwa ba Moshe. 29 Re a tseba hore Modimo o buile le Moshe empa monna enwa ha re tsebe hore na o tswa kae.” 30 Monna eo a re: “Taba ena e a makatsa. Ha le tsebe hore na o tswa kae empa a butse mahlo a ka? 31 Re a tseba hore Modimo ha a mamele baetsadibe+ empa o mamela motho ya mo hlomphang a bile a etsa thato ya hae.+ 32 Haesale ha re eso utlwele ka motho ya kileng a bula mahlo a motho ya hlahileng a sa bone. 33 Haeba monna enwa ha a tswe ho Modimo, o ne a ke ke a kgona ho etsa letho.”+ 34 Ba re ho yena: “O hlahile o le moetsadibe, jwale e se e le wena ya re rutang?” Yaba ba a mo leleka.+
35 Jesu a utlwa hore ba mo lelekile. Ha a fumana monna eo a re ho yena: “Na o dumela ho Mora motho?” 36 Monna eo a re: “Mohlomphehi, Mora motho ke mang e le hore nka dumela ho yena?” 37 Jesu a re ho yena: “O mo bone ebile ke yena ya ntseng a bua le wena.” 38 Monna eo a re: “Morena, ke dumela ho wena.” Yaba o a mo inamela. 39 Jesu a re: “Ke tlile lefatsheng e le hore lefatshe le ka ahlolwa, e le hore ba sa boneng ba ka bona+ mme ba bonang ba foufale.”+ 40 Ha Bafarisi ba neng ba ena le yena ba utlwa mantswe ana, ba re ho yena: “Na le rona re foufetse?” 41 Jesu a re ho bona: “Hoja le ne le foufetse le ka be le se na sebe. Ka ha le re le a bona, le tla dula le le baetsadibe.”+
10 “Ke a le tiisetsa hore ya sa keneng ka lesakeng la dinku ka monyako empa a hlwa le sebakeng se seng, ke leshodu.+ 2 Ya kenang ka monyako ke yena modisa wa dinku.+ 3 Molebedi wa monyako o a mo bulela+ le dinku di mamela lentswe la hae.+ O bitsa dinku tsa hae ka mabitso, o di etella pele ha di tswa. 4 Ha a ntshitse dinku tsa hae kaofela, o tsamaya ka pela tsona mme di a mo latela hobane di tseba lentswe la hae. 5 Di ke ke tsa latela motho e mong empa di tla mo baleha hobane ha di tsebe lentswe la hae.” 6 Batho ba mametseng ba ne ba sa utlwisise papiso ena eo Jesu a ba etseditseng yona.
7 Ka hoo Jesu a re: “Ke a le tiisetsa hore ke nna monyako wa dinku.+ 8 Bohle ba ikentseng nna ke mashodu empa dinku ha di a ba mamela. 9 Ke nna monyako. Ya tlang ho nna hore a kene o tla pholoha. O tla kena a tswe mme a fumane lekgulo.+ 10 Leshodu le tlela feela ho tla utswa, ho hlaba le ho bolaya.+ Nna ke tletse hore dinku di fumane bophelo bo sa feleng. 11 Ke nna modisa ya molemo.+ Modisa ya molemo o tela bophelo ba hae molemong wa dinku.+ 12 Monna ya hirilweng eo dinku e seng tsa hae, ha a bona phiri e tla o siya dinku ebe o a baleha, phiri e sale e di bolaya ebe tse ding di a hasana 13 hobane o hirilwe mme ha a tsotelle dinku. 14 Ke nna modisa ya molemo. Ke tseba dinku tsa ka le dinku tsa ka di a ntseba+ 15 feela jwalo ka ha Ntate a ntseba le nna ke tseba Ntate.+ Ke tela bophelo ba ka molemong wa dinku.+
16 Ke na le dinku tse ding tseo e seng tsa lesaka lena.+ Le tsona ke tla di tlisa mme di tla mamela lentswe la ka, mohlape o tla ba mong le modisa a be mong.+ 17 Ntate o a nthata+ hobane ke tela bophelo ba ka+ hore ke tle ke boele ke bo fumane. 18 Ha ho motho ya nkamohang bona empa ke ithaopela ho bo tela. Ke dumeletswe ho bo tela le ho bo fumana hape.+ Ke Ntate ya mphileng taelo ena.”
19 Bajuda ba boela ba fapana ka maikutlo+ ha ba utlwa mantswe ana. 20 Ba bangata ba ne ba re: “O na le modemona ebile o a hlanya. Ke hobaneng ha le mo mamela?” 21 Ba bang ba ne ba re: “Motho ya kenweng ke modemona a ke ke a bua tjena. Ha ho mohla modemona a kileng a bula mahlo a batho ba foufetseng.”
22 Ho ne ho ena le Mokete wa Nehelo Jerusalema, e ne e le mariha. 23 Jesu o ne a tsamaya ka tempeleng phasejeng ya Solomone e nang le dipilara ka mathoko.+ 24 Bajuda ba mo potapota yaba ba re ho yena: “Re bolelle hore na o Kreste kapa ha o yena. O tla re bolella neng hore na o mang?” 25 Jesu a re: “Ke le boleletse empa ha le dumele. Mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate e a mpakela.+ 26 Ha le dumele hobane ha le dinku tsa ka.+ 27 Dinku tsa ka di mamela lentswe la ka. Ke a di tseba ebile di a ntatela.+ 28 Ke di fa bophelo bo sa feleng.+ Ha ho na motho ya tla di bolaya kapa a di hlothe letsohong la ka.+ 29 Dinku tseo Ntate a mphileng tsona di bohlokwa ho feta dintho tse ding kaofela mme ha ho na motho ya ka di hlothang letsohong la Ntate.+ 30 Nna le Ntate re momahane.”+
31 Bajuda ba boela ba thonaka majwe ho mo tlepetsa. 32 Jesu a re: “Le bone ha ke etsa mesebetsi e mengata e metle eo Ntate a itseng ke e etse. Le batla ho ntlepetsa ka majwe ka lebaka la mosebetsi ofe ho yona?” 33 Bajuda ba re: “Ha re o tlepetse ka lebaka la mesebetsi e metle empa hobane o rohaka Modimo,+ o iketsa modimo empa o le motho.” 34 Jesu a re: “Na Molaong wa lona ha ho a ngolwa ha thwe, ‘Ke itse: “Le medimo”’?*+ 35 Re a tseba hore Mangolo a ke ke a fetolwa. Jwale haeba Modimo o re batho bao lentswe la hae le ba kgalemelang ke ‘medimo,’+ 36 na le utlwa ho tshwanetse hore le re ke rohaka Modimo ha ke re ke Mora hae empa a nkgalaleditse ebile a nthometse lefatsheng?+ 37 Haeba ha ke etse mesebetsi eo Ntate a itseng ke e etse, le se ke la dumela ho nna. 38 Haeba ke a e etsa, le haeba le sa dumele ho nna, le dumele ka lebaka la mesebetsi+ e le hore le ka tseba mme la dula le utlwisisa hore nna le Ntate re momahane.”+ 39 Ba leka hape ho mo tshwara empa a baleha.
40 A kgutlela ka nqane ho Jordane moo Johanne a neng a kolobetsa a le teng+ mme a dula moo. 41 Batho ba bangata ba tla ho Jesu mme ba re: “Johanne ha a ka a etsa le mohlolo o le mong empa dintho tsohle tseo a di buileng ka monna enwa ke nnete.”+ 42 Ka hoo, batho ba bangata ba dumela ho yena.
11 Monna ya bitswang Lazaro o ne a kula. O ne a dula Bethani le dikgaitsedi tsa hae Maria le Maretha.+ 2 Maria ke yena ya ileng a tlotsa Morena ka oli e nkgang ha monate a ba a mo hlakola maoto ka moriri wa hae.+ Ke yena eo kgaitsedi ya hae Lazaro e neng e kula. 3 Dikgaitsedi tsa Lazaro tsa romella Jesu molaetsa o reng: “Morena, motswalle wa hao eo o mo ratang o a kula.” 4 Ha Jesu a utlwa molaetsa ona a re: “Bokudi bona ha bo felle ka lefu empa bo tla fella ka hore Modimo a roriswe+ e le hore Mora wa Modimo a ka tlotliswa ka bona.”
5 Jesu o ne a rata Maretha, Maria le Lazaro. 6 Ha a utlwa hore Lazaro o a kula, a qeta matsatsi a mang a mabedi a dutse moo a neng a le teng. 7 Ka mora moo, a re ho barutuwa ba hae: “A re kgutleleng Judea.” 8 Barutuwa ba re ho yena: “Rabi,+ haufinyane tjena batho ba Judea ba ne ba batla ho o tlepetsa ka majwe,+ jwale o batla ho kgutlela moo?” 9 Jesu a re: “Ho na le dihora tse 12 tsa motshehare.+ Ha motho a tsamaya motshehare, ha a thule letho hobane o bona lesedi la lefatshe lena. 10 Empa ha motho a tsamaya bosiu, o a kgoptjwa hobane lesedi ha le yo ho yena.”
11 A boela a re: “Motswalle wa rona Lazaro o robetse+ empa ke yo mo tsosa.” 12 Barutuwa ba re: “Morena, haeba o robetse o tla fola.” 13 Empa Jesu o ne a bolela hore Lazaro o shwele. Bona ba ne ba nahana hore o re o mpa a ithobaletse feela. 14 Ka hoo Jesu a ba hlakisetsa a re: “Lazaro o shwele.+ 15 Ke thabile hore ebe ke ne ke le siyo hobane ntho eo ke tlo e etsa e tla matlafatsa tumelo ya lona. A re yeng ho yena.” 16 Thomase ya neng a bitswa Lefahla a re ho barutuwa ba bang: “Le rona a re yeng e le hore re ka shwa le yena.”+
17 Jesu o fihlile Lazaro a se a qetile matsatsi a mane ka lebitleng.* 18 Bethani e ne e le bohole ba dikhilomithara tse ka bang tharo* feela ho tloha Jerusalema. 19 Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maria le Maretha ho ba tshedisa ka ha kgaitsedi ya bona e ne e shwele. 20 Ha Maretha a utlwa hore Jesu o tseleng, a mo kgahlanyetsa. Maria+ yena a sala hae. 21 Maretha a re ho Jesu: “Morena, hoja o ne o le teng kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa. 22 Empa ke ntse ke dumela hore Modimo o tla o fa dintho tsohle tseo o di kopang.” 23 Jesu a re ho yena: “Kgaitsedi ya hao e tla tsoha.” 24 Maretha a re: “Ke a tseba hore o tla tsoha mohla tsoho ya bafu+ ka letsatsi la ho qetela.” 25 Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo.+ Ya bontshang hore o dumela ho nna, le ha a ka shwa o tla boela a phele. 26 Batho bohle ba bontshang hore ba dumela ho nna ba ke ke ba shwa.+ Na o dumela taba ee?” 27 A re ho yena: “E, Morena, ke a dumela hore ke wena Kreste Mora wa Modimo, eo ho profetilweng hore o tla tla lefatsheng.” 28 Ha Maretha a qeta ho tjho jwalo, a tsamaya a bitsetsa Maria ngwanabo lekunutung a re: “Mosuwe+ o teng o a o bitsa.” 29 Ha Maria a utlwa ditaba tsena a phakisa a ya ho yena.
30 Jesu o ne a eso kene motseng. O ne a ntse a le sebakeng seo Maretha a ileng a mo kgahlanyetsa ho sona. 31 Bajuda ba neng ba ena le Maria ka tlung ba mo tshedisa, ba mo sala morao ha ba bona a tswa a potlakile. Ba ne ba nka hore o ya lebitleng+ o yo llela teng. 32 Ha Maria a fihla ho Jesu, a kgumama ka pela hae yaba o re: “Morena, hoja o ne o le teng kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.” 33 Ha Jesu a bona Maria le Bajuda ba tlileng le yena ba lla, a utlwa bohloko haholo mme a kgathatseha. 34 A re: “Le mo behile kae?” Ba re: “Morena, tlo bone.” 35 Jesu a ntsha meokgo.+ 36 Ha Bajuda ba bona a lla ba re: “O ne a mo rata hakaakang!” 37 Ba bang ba re: “Monna eo ya butseng mahlo a motho ya foufetseng+ o sitilwe keng ho etsa hore Lazaro a se ke a shwa?”
38 Jesu a ya lebitleng a utlwile bohloko haholo. Lebitla leo e ne e le lehaha mme le ne le kwetswe ka lejwe. 39 A re: “Tlosang lejwe leo.” Maretha kgaitsedi ya mofu a re ho yena: “Morena, e tlameha ebe o se a nkga hobane o se a ena le matsatsi a mane a shwele.” 40 Jesu a re: “Na ha ke a o bolella hore ha o ka dumela o tla bona matla a Modimo?”+ 41 Ba tlosa lejwe leo yaba Jesu o sheba hodimo+ o re: “Ntate, ke a o leboha ka hore ebe o nkutlwile. 42 Ke a tseba hore ka mehla o a nkutlwa empa ke buile ka lebaka la batho bana ba mpotapotileng e le hore ba ka dumela hore o nthomile.”+ 43 Ka mora moo, a hweletsa a re: “Lazaro, tswa!”+ 44 Lazaro a tswa a thatetswe maoto le matsoho ka masela le sefahleho sa hae se ne se thatetswe ka lesela. Jesu a re: “Thatollang masela ao le mo tlohele a tsamaye.”
45 Bajuda ba bangata ba neng ba tlile ho Maria le ba boneng hore na Jesu o entseng ba dumela ho yena.+ 46 Ba bang bona ba ya ho Bafarisi ba ba bolella hore na Jesu o entseng. 47 Yaba baprista ba baholo le Bafarisi ba bokella Lekgotla le Phahameng la Bajuda* mme ba re: “Re tla etsang ha e le moo monna eo a etsa mehlolo e mengata hakaale?+ 48 Ha re ka mo tlohela a itswella pele ka tsela ena, batho bohle ba tla dumela ho yena ebe Baroma ba a tla ba hapa tempele* le setjhaba sa rona.” 49 Hara bona ho ne ho ena le monna ya bitswang Kaifase+ eo e neng e le moprista ya phahameng selemong seo. A re ho bona: “Lona ha ho na ntho eo le e tsebang. 50 Ha le bone hore ho molemong wa lona hore motho a le mong a shwele setjhaba ho ena le hore setjhaba kaofela se fediswe?” 51 Ha a tjho jwalo o ne a sa iqapele. Ka ha e ne e le moprista ya phahameng selemong seo, o ne a profeta hore Jesu o tshwanetse ho shwela setjhaba. 52 O ne a sa lokela ho shwela setjhaba feela empa o ne a lokela ho bokella le bana ba Modimo ba qhalakaneng hore ba momahane. 53 Ka hona, ho tloha mohlang oo ba rera ho mo bolaya.
54 Ka lebaka leo, Jesu ha a ka a hlola a tsamaya moo Bajuda ba mo bonang. A tloha moo ho ya sebakeng se haufi le lefeella, motseng o bitswang Efraime+ mme a dula moo le barutuwa. 55 Mokete wa Bajuda wa Paseka+ o ne o le haufi. Batho ba bangata ba tswang mahaeng ba nyolohela Jerusalema pele ho Paseka e le hore ba itlhwekise ho ya ka Molao wa Moshe. 56 Ha ba le tempeleng ba ne ba batla Jesu, ba botsana ba re: “Le bona jwang? Le nahana hore a ke ke a tla moketeng?” 57 Baprista ba baholo le Bafarisi ba ne ba laetse hore motho ya ka tsebang hore na Jesu o hokae a tlalehe e le hore ba ka mo tshwara.
12 Matsatsi a tsheletseng pele ho Paseka, Jesu a fihla Bethani. Lazaro+ eo Jesu a neng a mo tsositse bafung o ne a le hona teng. 2 Ba mo phehela dijo tsa mantsiboya yaba Maretha o a ba ngwathela.+ Lazaro e ne e le e mong wa ba dutseng dijong le yena. 3 Maria a nka botlolo* ya oli e turu e nkgang ha monate, e le nareda ya nnete. A tlotsa maoto a Jesu ka yona yaba o mo hlakola maoto ka moriri wa hae. Ntlo ya tlala monko wa oli eo.+ 4 E mong wa barutuwa ba hae e leng Judase Iskariota+ ya neng a tlo mo rekisa* a re: 5 “Ke hobaneng ha oli ee e nkgang ha monate e ne e sa rekiswe ka didenari* tse 300 ebe tjhelete eo e fuwa bafutsana?” 6 O ne a sa tjho jwalo hobane a tshwenyehile ka bafutsana empa hobane e le leshodu. Ka ha o ne a tshwara lebokose la tjhelete, o ne a tlwaetse ho utswa tjhelete e tshelwang ka ho lona. 7 Jesu a re: “Mo tloheleng hobane ha a etsa tjena o ntokisetsa lepato.+ 8 Le tla dula le ena le bafutsana+ empa le ke ke la dula le ena le nna.”+
9 Bajuda ba bangata ba tseba hore o teng moo yaba ba a tla ho tla bona Jesu le Lazaro eo a mo tsositseng bafung.+ 10 Baprista ba baholo ba rera ho bolaya le Lazaro 11 hobane Bajuda ba bangata ba ne ba ya Bethani ka lebaka la hae mme ba dumela ho Jesu.+
12 Ka le hlahlamang, batho ba bangata ba neng ba tlile moketeng ba utlwa hore Jesu o tla Jerusalema. 13 Ba nka makala a difate tsa palema, ba mo kgahlanyetsa yaba ba a hweletsa ba re: “Re rapella hore o mo pholose! Ho hlohonolofetse ya tlang ka lebitso la Jehova,*+ Morena wa Iseraele!”+ 14 Ha Jesu a fumana petsana ya tonki, a e palama+ feela jwalo ka ha Mangolo a re: 15 “O se ke wa tshoha wena moradi wa Sione. Morena wa hao o tla a palame petsana ya tonki.”+ 16 Qalong barutuwa ba hae ba ne ba sa utlwisise dintho tsena. Empa ha Jesu a tlotliswa,+ ba hopola hore Mangolo a buile dintho tsena ka yena le hore di ile tsa mo etsahalla.+
17 Batho ba bangata ba neng ba ena le yena ha a tsosa Lazaro bafung a re a tswe lebitleng,*+ ba nna ba bolella batho ba bang hore na ho etsahetseng.+ 18 Batho ba bangata ba ne ba tlile ho yena hobane ba utlwetse ka mohlolo ona oo a o entseng. 19 Bafarisi ba buisana ba re: “Le a bona hore le ke ke la atleha? Lefatshe lohle le mo setse morao.”+
20 Hara batho ba tlileng moketeng ho tla rapela, ho ne ho ena le Bagerike. 21 Ba tla ho Filipi+ wa Bethsaida e Galilea mme ba re: “Mohlomphehi, re kopa ho kopana le Jesu.” 22 Filipi a bolella Andrease yaba Andrease le Filipi ba ya ho Jesu ba a mo bolella.
23 Empa Jesu a re ho bona: “Nako ya hore Mora motho a tlotliswe e fihlile.+ 24 Ke a le tiisetsa hore ha peo ya koro e sa wele mobung ebe e a bola,* e tla sala e le nngwe jwalo. Empa haeba e bola,+ e tla beha haholo. 25 Ya ratang bophelo ba hae o tla fellwa ke bona empa ya hloileng bophelo ba hae+ lefatsheng lena o tla bo sireletsa e le hore a fumane bophelo bo sa feleng.+ 26 Motho ya batlang ho ntshebeletsa a ntatele mme moo ke leng teng o tla ba teng.+ Ntate o tla tlotlisa motho ya batlang ho ntshebeletsa. 27 Ke tshwenyehile,+ ebe nka reng? Ntate, mpholose boemong bona.*+ Le ha ho le jwalo, ntho ena e lokela ho nketsahalla hobane ke yona ntho eo ke e tletseng. 28 Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Lentswe+ la tswa lehodimong la re: “Ke le tlotlisitse mme ke tla boela ke le tlotlise.”+
29 Ha batho ba neng ba le moo ba le utlwa, ba re ba utlwile seaduma. Ba bang ba re: “Lengeloi le buile le yena.” 30 Jesu a re: “Lentswe lena ha le a bua molemong wa ka empa le buile molemong wa lona. 31 Nako ya hore lefatshe le ahlolwe e fihlile mme mmusi wa lona+ o tla lelekwa.+ 32 Haeba ke fanyehwa,*+ ke tla hulela batho ba ditjhaba tsohle ho nna.” 33 O ne a tjho jwalo ho bontsha hore na o tla tloha a shwa jwang.+ 34 Batho ba re: “Molao o re Kreste o tla ba teng ka ho sa feleng.+ O bolelang ha o re Mora motho o tla fanyehwa?+ Hona ke mang Mora eo wa motho?” 35 Jesu a re ho bona: “Le tla ba le lesedi ka nakwana. Tsamayang ha lesedi le sa ntse le le teng e le hore le se ke la aparelwa ke lefifi. Ya tsamayang lefifing ha a tsebe moo a yang.+ 36 Le bontshe hore le dumela leseding ha lesedi le sa ntse le le teng e le hore le be bara ba lesedi.”+
Ka mora hore Jesu a bue mantswe ana, a tsamaya yaba o ipatela bona. 37 Le hoja a ne a entse mehlolo e mengata hakaalo moo ba ntseng ba bona, ba ne ba sa dumele ho yena. 38 Ka tsela eo, mantswe a moprofeta Esaia a ile a phethahala ha a ne a re: “Jehova,* ke mang ya dumetseng ntho eo re e tlalehileng?+ Letsoho la Jehova* lona le bonahaditswe ho mang?”+ 39 Ba ne ba sa kgone ho dumela hobane Esaia o ne a boetse a itse: 40 “O ba foufaditse, a etsa hore ba be dihlooho* di thata. Ke ka hoo ba sa utlwisiseng* hore na ba lokela ho etsang ebile ba sa kgutlele ho nna e le hore nka ba fodisa.”+ 41 Esaia o buile dintho tsena ka yena hobane a bone kganya ya hae.+ 42 Babusi ba bangata ba ile ba dumela ho yena.+ Empa ka ha ba ne ba tshaba Bafarisi, ba ne ba sa bolele hore ba dumela ho yena e le hore ba se ke ba lelekwa ntlong ya thapelo.*+ 43 Ba ne ba rata ho amohelwa ke batho ho feta ho amohelwa ke Modimo.+
44 Jesu a phahamisa lentswe a re: “Ya dumelang ho nna o dumela le ho ya nthomileng.+ 45 Hape ya mponang o bona le ya nthomileng.+ 46 Ke tlile ke le lesedi lefatsheng+ e le hore bohle ba dumelang ho nna ba se ke ba dula lefifing.+ 47 Haeba motho a utlwa mantswe a ka empa a sa a dumele, ha ke mo ahlole. Ha ke a tlela ho ahlola lefatshe, ke tletse ho le pholosa.+ 48 Ya sa mmameleng mme a sa amohele mantswe a ka, ho na le ya tla mo ahlola. Mantswe ao ke a buileng ke ona a tla mo ahlola ka letsatsi la ho qetela. 49 Ha ke a bua dintho tseo ke iqapetseng tsona empa Ntate ya nthomileng o ntaetse hore na ke reng.+ 50 Hape ke a tseba hore taelo ya hae e tlisa bophelo bo sa feleng.+ Ka hona, ke bua dintho tseo Ntate a mpoleletseng tsona feela.”+
13 Le pele ho mokete wa Paseka, Jesu o ne a tseba hore nako ya hae ya hore a tlohe lefatsheng mona a ye ho Ntate+ e fihlile.+ Ha Jesu a le lefatsheng o ne a rata barutuwa ba hae mme o ile a ba rata ho fihlela qetellong.+ 2 Ha ho ntse ho jewa dijo tsa mantsiboya, Diabolose o ne a se a susumeditse Judase Iskariota+ mora wa Simone hore a rekise* Jesu.+ 3 Ka ha Jesu o ne a tseba hore Ntate wa hae o mo file dintho tsohle le hore o tswa ho Modimo mme o kgutlela ho yena,+ 4 a phahama tafoleng, a behella seaparo sa hae ka thoko yaba o nka thaole o a itlama.+ 5 Ka mora moo, a tshela metsi ka beisineng, a hlatswa maoto a barutuwa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamme ka yona. 6 Ha a fihla ho Simone Petrose, Petrose a re ho yena: “Morena, o hlatswa maoto a ka?” 7 Jesu a re ho yena: “Hona jwale o ke ke wa utlwisisa hore na ke etsang, o tla utlwisisa ha morao.” 8 Petrose a re: “Ha se wena ya ka ntlhatswang maoto.” Jesu a re: “Haeba ke sa o hlatswe,+ ha o morutuwa wa ka.”* 9 Simone Petrose a re: “Morena, o se ke wa ntlhatswa maoto feela, o ntlhatswe le matsoho le hlooho.” 10 Jesu a re ho yena: “Motho ya itlhatswitseng o hloka ho hlatswa maoto a hae feela hobane mmele wohle wa hae o hlwekile. Le hlwekile le hoja e se lona kaofela.” 11 O ne a tseba hore na ke mang ya tlo mo rekisa,*+ ke ka hoo a ileng a re: “Le hlwekile le hoja e se lona kaofela.”
12 Ha a qeta ho ba hlatswa maoto a apara seaparo sa hae, a kgutlela tafoleng yaba o re ho bona: “Na le a utlwisisa hore na ke hobaneng ha ke le hlatswitse maoto? 13 Le nepile ha le mpitsa Mosuwe le Morena.+ 14 Jwale haeba nna Mosuwe le Morena ke le hlatswitse maoto,+ le lona le tshwanela ho hlatswana maoto.+ 15 Ke le behetse mohlala e le hore le nketsise.+ 16 Ke a le tiisetsa hore lekgoba ha le leholo ho monga lona le motho ya ronngweng ha a moholo ho ya mo rommeng. 17 Ka ha le tseba dintho tsena, le tla thaba haeba le di etsa.+ 18 Ha ke bue ka lona kaofela. Bao ke ba kgethileng ke a ba tseba. Ke entse tjena e le hore lengolo le ka phethahala+ ha le re: ‘Ya neng a ja bohobe ba ka o mphetohetse.’+ 19 Ho tloha hona jwale ho ya pele, ke le bolella dintho tsena pele di etsahala e le hore ha di etsahala le tle le dumele hore lengolo lena le bua ka nna.+ 20 Ke a le tiisetsa hore mang kapa mang ya amohelang batho bao ke ba rommeng o a nkamohela le nna,+ hape ya nkamohelang o amohela le ya nthomileng.”+
21 Ha Jesu a qeta ho bua dintho tsena, a bua ka pelo e bohloko a re: “Ka nnete ke a le jwetsa, e mong wa lona o tlo nthekisa.”*+ 22 Barutuwa ba shebana ba ntse ba ipotsa hore na o bua ka mang.+ 23 Morutuwa eo Jesu a neng a mo rata+ o ne a dutse pela hae.* 24 Simone Petrose a oma ka hlooho a mo shebile yaba o re ho yena: “Re bolelle hore na o bua ka mang.” 25 Morutuwa eo a itshetleha sefubeng sa Jesu a re ho yena: “Morena, o bua ka mang?”+ 26 Jesu a re: “Ke eo ke tla mo fa bohobe boo ke tlo bo qopetsa.”+ A qopetsa bohobe yaba o bo fa Judase mora wa Simone Iskariota. 27 Ka mora hore Judase a nke bohobe boo, a kenwa ke Satane.+ Yaba Jesu o re ho yena: “Ntho eo o e etsang o hle o e etse kapele.” 28 Bohle ba dutseng tafoleng ba ne ba sa tsebe hore na ke hobaneng ha Jesu a ne a tjho jwalo ho yena. 29 Ba bang ba ne ba nahana hore ka ha Judase o ne a tshwere lebokose la tjhelete,+ Jesu o ne a re a reke dintho tseo ba di hlokang bakeng sa mokete kapa a fe bafutsana ho hong. 30 Ka mora hore Judase a nke bohobe, a tswa. E ne e se e le bosiu.+
31 Ha a se a tswile, Jesu a re: “Jwale Mora motho o a tlotliswa+ mme Modimo o tlotliswa ka yena. 32 Modimo o tla mo tlotlisa+ hanghang. 33 Metswalle ya ka,* ke sa na le lona ka nakwana. Le tla mpatla empa le lona ke le jwetsa mantswe ao ke a jwetsitseng Bajuda, ‘Moo ke yang le ke ke la fihla.’+ 34 Ke le fa taelo e ntjha ya hore le ratane. Le ratane+ feela jwalo ka ha ke le ratile.+ 35 Haeba le ratana,+ bohle ba tla tseba hore le barutuwa ba ka.”
36 Simone Petrose a re: “Morena o ya kae?” Jesu a re: “Moo ke yang o ke ke wa ya le nna hona jwale empa o tla ya ha morao.”+ 37 Petrose a re ho yena: “Morena, ke hobaneng ha nke ke ka ya le wena hona jwale? Ke tla o shwela.”+ 38 Jesu a re: “O tiile o re o tla ntjhwela? Ke a o tiisetsa hore pele mokoko o lla, o tla be o ntatotse hararo.”+
14 “Le se ke la itumella ho tshwenyeha.+ Bontshang hore le dumela ho Modimo+ le ho nna. 2 Dibaka tsa bodulo di ngata ka tlung ya Ntate. Nka be ke sa le bolella hoja ho ne ho se jwalo. Ke yo le lokisetsa sebaka.+ 3 Ha ke se ke ile ke le lokiseditse sebaka, ke tla kgutla ebe ke le tlisa lapeng ho nna e le hore le ka ba moo ke leng teng.+ 4 Le tseba tsela ya moo ke yang.”
5 Thomase+ a re ho yena: “Morena, ha re tsebe moo o yang. Re ka tseba tsela jwang?”
6 Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela,+ nnete+ le bophelo.+ Ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.+ 7 Haeba le ne le ntsebile, le Ntate le ka be le mo tsebile. Ho tloha hona jwale ho ya pele le tla mo tseba, ha e le hantle le se le mo bone.”+
8 Filipi a re ho yena: “Morena, ha o ka re bontsha Ntate re tla be re kgotsofetse.”
9 Jesu a re ho yena: “Filipi, ke bile le lona nako e telele hakaale ha o ntsebe? Ya mponeng o bone le Ntate.+ Jwale ho tla jwang hore ebe o re ke le bontshe Ntate? 10 Na ha o dumele hore nna le Ntate re momahane?+ Ha ke iqapele dintho tseo ke le bolellang tsona+ empa Ntate eo nna le yena re momahaneng, o ntshebedisa ho phetha mesebetsi ya hae. 11 Nkgolweng ha ke re ke momahane le Ntate. Ha le sa nkgolwe, le dumele ka lebaka la mesebetsi ya ka.+ 12 Ke a le tiisetsa hore ya bontshang hore o dumela ho nna o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a be a etse e meholo ho e feta+ hobane nna ke ya ho Ntate.+ 13 Ho feta moo, dintho tsohle tseo le di kopang ka lebitso la ka ke tla di etsa, e le hore Ntate a ka tlotliswa ka lebaka la Mora.+ 14 Eng kapa eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa.
15 Haeba le nthata, le tla mamela ditaelo tsa ka.+ 16 Ke tla kopa Ntate mme yena o tla le fa mothusi* ya tla ba le lona ka ho sa feleng+ 17 e leng moya o halalelang o etsang hore nnete e hlake.+ Lefatshe le ke ke la o fumana hobane ha le o bone ebile ha le o tsebe.+ Lona le a o tseba hobane o na le lona ebile o teng ka ho lona. 18 Nke ke ka le siya le saretswe.* Ke tla kgutlela ho lona.+ 19 Ka mora nakwana, lefatshe ha le sa tla hlola le mpona empa lona le tla mpona.+ Ka ha ke a phela le lona le tla phela. 20 Letsatsing leo le tla tseba hore nna le Ntate re momahane le hore nna le lona re momahane.+ 21 Motho ya amohelang ditaelo tsa ka a bile a di mamela, ke yena ya nthatang. Ya nthatang o tla ratwa ke Ntate. Le nna ke tla mo rata mme ke etse hore a ntsebe ka ho hlaka.”
22 Judase+ empa eseng Judase Iskariota, a re ho yena: “Morena, ke hobaneng ha o batla hore re o tsebe hantle empa o sa batle hore lefatshe le o tsebe hantle?”
23 Jesu a re ho yena: “Ya nthatang o a mmamela+ mme Ntate o tla mo rata. Nna le Ntate re tla tla ho yena re dule le yena.+ 24 Motho ya sa nthateng ha a mmamele. Mantswe ao ke a buang ha se a ka empa ke a Ntate ya nthomileng.+
25 Ke le boleletse dintho tsena ha ke sa ntse ke ena le lona. 26 Moya o halalelang oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka hore o le thuse, o tla le ruta dintho tsohle o be o le hopotse dintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.+ 27 Ke tla etsa hore le be le kgotso eo le neng le ena le yona ha ke ne ke ena le lona.+ Kgotso eo ke fanang ka yona ha e tshwane le eo lefatshe le fanang ka yona. Le se ke la itumella ho kgathatseha kapa la itumella ho nyahamiswa ke ho tshoha. 28 Le utlwile hore ke itse ke a tsamaya empa ke tla kgutlela ho lona. Haeba le ne le nthata, le ne le tla thabela hore ke ya ho Ntate hobane Ntate o moholo ho nna.+ 29 Ke le bolella pele ke tsamaya e le hore mohla ke tsamayang le ka dumela.+ 30 Ha ke sa tla hlola ke bua dintho tse ngata le lona ka ha mmusi wa lefatshe+ o a tla mme ha a na matla hodima ka.+ 31 Empa e le hore lefatshe le tsebe hore ke rata Ntate, ke etsa dintho tseo Ntate a ntaetseng hore ke di etse.+ A re tsamayeng.
15 Ke nna sefate sa nnete sa morara mme Ntate ke molemi. 2 O tlosa makala ohle a ka a sa beheng, a behang ona o a a hlwekisa e le hore a ka beha ditholwana tse ngata.+ 3 Le hlwekile hobane mantswe ao ke le boleletseng ona a le hlwekisitse.+ 4 Le se ke la tloha ho nna, le nna nke ke ka tloha ho lona. Lekala le ke ke la beha haeba le se sefateng sa morara. Ka tsela e tshwanang, le lona le ke ke la beha haeba le sa momahana le nna.+ 5 Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Motho ya sa tloheng ho nna le nna nke ke ka tloha ho yena mme o tla beha haholo.+ Le ke ke la etsa letho ka ntle ho nna. 6 Motho ya tlohang ho nna o tshwana le lekala le ponngweng mme o tla omella. Makala a jwalo a a bokellwa ebe a lahlelwa mollong. 7 Haeba le sa tlohe ho nna le bile le mamela mantswe a ka, le tla fuwa eng kapa eng eo le e kopang.+ 8 Ntate o a tlotliswa ha le beha ditholwana tse ngata mme le bontsha hore le barutuwa ba ka.+ 9 Jwalo ka ha Ntate a nthatile+ le nna ke le ratile. Etsang dintho tse tla etsa hore ke dule ke le rata. 10 Haeba le mamela ditaelo tsa ka, ke tla dula ke le rata jwalo ka ha ke mametse ditaelo tsa Ntate mme a dula a nthata.
11 Ke le boleletse dintho tsena e le hore le ka thaba haholo jwalo ka nna.+ 12 Ke le laela hore le ratane jwalo ka ha ke le ratile.+ 13 Ha ho ya nang le lerato le fetang la motho ya telang bophelo ba hae bakeng sa metswalle ya hae.+ 14 Le metswalle ya ka haeba le phetha ditaelo tsa ka.+ 15 Ha ke sa le bitsa makgoba hobane lekgoba ha le tsebe hore na monga lona o etsang. Ke le bitsitse metswalle hobane ke le boleletse dintho tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate. 16 Ke nna ya le kgethileng, ha le a nkgetha. Ke le kgethetse hore le nne le behe ditholwana tse ke keng tsa fela. Ka ha ke le kgethile, dintho tsohle tseo le di kopang ho Ntate ka lebitso la ka o tla le fa tsona.+
17 Ke le fa ditaelo tsena e le hore le ratane.+ 18 Haeba lefatshe le le hloya, le tsebe hore le ntlhoile pele ho lona.+ 19 Hoja le ne le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le le rata. Ha le ba lefatshe+ hobane ke le kgethile, ke ka hoo lefatshe le le hloileng.+ 20 Le hopole mantswe ana a ka a reng: Lekgoba ha le leholo ho monga lona. Haeba ba ntlhorisitse le lona ba tla le hlorisa.+ Haeba ba mmametse le lona ba tla le mamela. 21 Ba tla le hlorisa ka lebaka la lebitso la ka hobane ha ba tsebe ya nthomileng.+ 22 Hoja ha ke a ka ka tla mme ka bua le bona, ba ka be ba se na sebe.+ Empa jwale ha ba na lebaka la hore ebe ba entse sebe seo.+ 23 Ya ntlhoileng o hloile le Ntate.+ 24 Hoja ha ba a bona ha ke etsa mesebetsi eo ho seng motho ya kileng a e etsa, ba ka be ba se na sebe.+ Empa jwale ba mpone mme ba ntlhoile ebile ba hloile le Ntate. 25 Le ha ho le jwalo, e ne e le hore mantswe ana a hlahang Molaong wa bona a ka phethahala a reng: ‘Ba ntlhoile ntle ho lebaka.’+ 26 Ha ke le romella mothusi ho tswa ho Ntate, e leng moya o halalelang o etsang hore nnete e hlake,+ o tla mpaka.+ 27 Le lona le tla mpaka+ hobane le bile le nna ho tloha qalong.
16 Ke le boleletse dintho tsena e le hore le se ke la fellwa ke tumelo.* 2 Le tla lelekwa matlong a thapelo.*+ Ho na le nako eo batho ba tla nahana hore ba sebeletsa Modimo ha ba le bolaya.+ 3 Ba tla etsa dintho tsena hobane ba sa ntsebe ebile ba sa tsebe Ntate.+ 4 Ke le boleletse dintho tsena e le hore ha di etsahala le ka hopola hore ke le jwetsitse.+
Ha ke a le bolella dintho tsena pele hobane ke ne ke ntse ke ena le lona. 5 Jwale ke ya ho ya nthomileng+ empa ha ho sa na ya mpotsang hore na ke ya kae. 6 Le se le saretswe hobane ke le boleletse dintho tsena.+ 7 Ke bua nnete ha ke re ke tsamaya molemong wa lona. Ha ke sa tsamaye, nke ke ka romela moya o halalelang*+ ho tla le thusa. Empa ha ke fela ke tsamaya, ke tla o romela ho lona. 8 Ha o fihla, o tla fa batho bopaki bo hlakileng ka sebe, o ba bontshe hore na ntho e nepahetseng ke efe le hore na kahlolo ya Modimo ke efe. 9 Tabeng ya pele, o tla hlakisa hore batho ba na le sebe+ hobane ha ba a bontsha hore ba dumela ho nna.+ 10 O tla boela o hlakise hore na ke mang ya etsang dintho tse lokileng hobane ke ya ho Ntate mme le ke ke la hlola le mpona 11 ebe o hlakisa kahlolo ya Modimo hobane mmusi wa lefatshe lena o ahlotswe.+
12 Ho na le dintho tse ngata tseo ke lokelang ho le bolella tsona empa le ke ke la di utlwisisa hona jwale. 13 Ha moya o hlakisang nnete o fihla,+ o tla le tataisa hore le utlwisise nnete hantle. Moya oo ha o etse se ratwang ke wona empa o senola feela seo Modimo a batlang hore se senolwe. Ka hoo, o tla le thusa hore le tsebe dintho tse tla etsahala.+ 14 Moya oo o tla ntlotlisa+ hobane o tla le senolela dintho tse tswang ho nna.+ 15 Dintho tsohle tseo Ntate a nang le tsona ke tsa ka.+ Ke ka hoo ke reng moya oo o tla le senolela dintho tse tswang ho nna. 16 Ka mora nakwana ha le sa tla mpona+ empa le tla boela le mpone ka mora nakwana.”
17 Ba bang ba barutuwa ba hae ba buisana ba re: “O bolelang ha a re ka mora nakwana ha re sa tla mo bona empa re tla boela re mo bone ka mora nakwana, le ha a re hobane o ya ho Ntate?” 18 Hape ba re: “O bolelang ha a re, ‘ka mora nakwana’? Ha re utlwisise hore na o bua kang.” 19 Jesu o ne a tseba hore ba batla ho mo botsa yaba o re: “Na le ntse le botsana hore na ke hobaneng ha ke re: ‘Ka mora nakwana ha le sa tla mpona empa le tla boela le mpone ka mora nakwana’? 20 Ke a le tiisetsa hore le tla lla le bokolle empa batho ba bang bona ba tla thaba. Le tla sarelwa empa ho sarelwa ha lona ho tla fetoha thabo.+ 21 Ha mosadi a beleha o ba le mahlaba* hobane nako ya hore a be le ngwana e fihlile. Ha ngwana a se a hlahile, ha a sa hopola mahlaba ao hobane a thabetse hore ngwana o hlahile. 22 Le lona hona jwale le utlwile bohloko empa le tla thaba ha le mpona hape+ ebile ha ho motho ya tla le amoha thabo eo. 23 Mohlang oo, le ke ke la mpotsa letho. Ke a le tiisetsa hore dintho tsohle tseo le di kopang ho Ntate,+ o tla le fa tsona ka lebitso la ka.+ 24 Ho tla fihlela jwale, ha le eso kope letho ka lebitso la ka. Kopang mme le tla fuwa e le hore le ka thaba haholo.
25 Ke buile le lona ka dipapiso. Ho na le nako eo ke tla le bolella ka Ntate ke sa etse dipapiso. 26 Mohlang oo, le tla rapela ka lebitso la ka. Ha ke bolele hore ke nna ya tla le rapella ho Ntate. 27 Ntate o a le rata hobane le a nthata+ ebile le a dumela hore ke moemedi wa hae.+ 28 Ke tlile lefatsheng ke le moemedi wa Ntate, jwale ke kgutlela ho yena.”+
29 Barutuwa ba hae ba re: “Morena, jwale re a utlwisisa hobane ha o bue le rona ka dipapiso. 30 Ka nnete re a bona hore ha ho hlokahale hore batho ba o botse hobane o se o ntse o tseba hore na ba nahanneng. Ka hoo, re a dumela hore o ronngwe ke Modimo.” 31 Jesu a re: “Le a dumela hona jwale 32 empa haufinyane le tla hasana le kgutlele malapeng a lona le ntshiye ke le mong.+ Le ha ho le jwalo, ha ke mong hobane Ntate o na le nna.+ 33 Ke le boleletse dintho tsena e le hore le ka ba le kgotso ka lebaka la ka.+ Lefatsheng mona le tla hlahelwa ke mathata empa le be sebete, ke hlotse lefatshe.”+
17 Ka mora hore Jesu a bue dintho tsena, a sheba lehodimong a re: “Ntate, nako e fihlile. Tlotlisa mora wa hao e le hore a ka o tlotlisa.+ 2 O mo file matla hodima batho bohle+ e le hore a ka fana ka bophelo bo sa feleng+ ho bohle bao o mo fileng bona.+ 3 Ba tla fumana bophelo bo sa feleng+ haeba ba o tseba,* wena Modimo a le mong wa nnete+ le Jesu Kreste eo o mo rommeng.+ 4 Ke o tlotlisitse lefatsheng+ hobane ke qetile mosebetsi oo o mphileng wona.+ 5 Ntate, ke kopa o nkgutlisetse boemong bo phahameng boo ke neng ke le ho bona ha ke ena le wena pele lefatshe le eba teng.+
6 Ke tsebahaditse lebitso la hao ho batho bao o mphileng bona lefatsheng.+ E ne e le ba hao yaba o mpha bona mme ba o mametse. 7 Jwale ba a tseba hore dintho tsohle tseo ke nang le tsona di tswa ho wena 8 hobane ke ba jwetsitse dintho tseo o mpoleletseng tsona.+ Ba di amohetse ebile ba a tseba hore ke moemedi wa hao+ le hore o nthomile.+ 9 Ke a ba rapella. Ha ke rapelle lefatshe empa ke rapella bao o mphileng bona hobane ke ba hao. 10 Dintho tsohle tsa ka ke tsa hao+ mme tsa hao ke tsa ka. Ke tlotlisitswe hara bona.
11 Ha ke sa le lefatsheng hobane ke tla ho wena empa bona ba ntse ba le ho lona.+ Ntate ya halalelang, ke kopa o ba sireletse molemong wa lebitso la hao+ leo o mphileng lona e le hore ba ka momahana jwalo ka ha re momahane.+ 12 Ha ke ne ke ena le bona, ke ne ke ba hlokomela+ molemong wa lebitso la hao leo o mphileng lona. Ke ba sireleditse mme ha ho le ya mong wa bona ya lahlehileng+ haese ya tshwanelang ho fediswa+ e le hore lengolo le ka phethahala.+ 13 Empa jwale ke tla ho wena mme ke bua dintho tsena ha ke sa ntse ke le lefatsheng e le hore ba ka thaba haholo jwalo ka ha le nna ke thabile.+ 14 Ke ba boleletse mantswe a hao empa lefatshe le ba hloile hobane ha se ba lefatshe+ jwalo ka ha ke se wa lefatshe.
15 Ha ke kope hore o ba ntshe lefatsheng empa ke kopa hore o ba sireletse ka lebaka la ya kgopo.+ 16 Ha se ba lefatshe+ jwalo ka ha ke se wa lefatshe.+ 17 Ba halaletse* ka nnete,+ lentswe la hao ke nnete.+ 18 Ke ba rometse lefatsheng jwalo ka ha o nthometse lefatsheng.+ 19 Ke a ikgalaletsa molemong wa bona e le hore le bona ba ka halaletswa ka nnete.
20 Ha ke rapelle bona feela, ke rapella le ba tla utlwa dithuto tsa bona ebe ba dumela ho nna 21 e le hore ba ka momahana+ jwalo ka ha nna le wena Ntate re momahane+ le hore ba ka momahana le rona e le hore lefatshe le ka dumela hore o nthomile. 22 Ke ba tlotlile jwalo ka ha o ntlotlile e le hore ba ka momahana jwalo ka ha re momahane.+ 23 Bona ba tle ba momahane le nna, nna ke momahane le wena e le hore ba ka momahana e le ka nnete. Ka hoo, batho bohle ba tla tseba hore o nthomile le hore o ba rata jwalo ka ha o nthata. 24 Ntate, ke lakatsa hore bao o mphileng bona ba tle ba be le nna+ e le hore ba ka bona boemo bo phahameng boo o mphileng bona hobane o nthatile le pele lefatshe le eba teng.+ 25 Ntate ya lokileng, lefatshe ha le o tsebe+ empa ke a o tseba+ mme batho bao o mphileng bona ba a tseba hore o nthomile. 26 Ke ba tsebisitse lebitso la hao mme ke tla tswela pele ke le tsebahatsa+ e le hore ba ka rata batho ba bang jwalo ka ha o nthatile le hore nna le bona re momahane.”+
18 Ha Jesu a qeta ho bua dintho tsena, a ya ka nqane ho Phula ya Kidrone*+ le barutuwa ba hae moo ho neng ho ena le serapa. A kena serapeng seo le barutuwa ba hae.+ 2 Le Judase ya neng a mo rekisitse* o ne a tseba sebaka seo hobane Jesu o ne a atisa ho ya moo le barutuwa ba hae. 3 Judase a tla le masole le balebedi ba tswang ho baprista ba baholo le Bafarisi ba nkile mabone le dibetsa.+ 4 Ka ha Jesu o ne a tseba dintho tsohle tse tlo mo hlahela, a ba atamela a re: “Le batla mang?” 5 Ba re: “Re batla Jesu wa Monazaretha.”+ A re ho bona: “Ke nna enwa.” Judase ya neng a mo rekisitse* o ne a ena le bona.+
6 Eitse ha Jesu a re ho bona: “Ke nna enwa,” ba tjhetjhela morao, ba wela fatshe.+ 7 A ba botsa hape a re: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu wa Monazaretha.” 8 Jesu a re: “Ke le boleletse hore ke nna enwa. Haeba le batla nna, tlohelang banna bana.” 9 O ne a tjho jwalo ho phethahatsa mantswe a hae a reng: “Ho bao o mphileng bona ha ho a lahleha le ya mong.”+
10 Ka ha Simone Petrose o ne a nkile sabole, a e tsomula a hlatha lekgoba la moprista ya phahameng ka yona, a le kgaola tsebe e tona.+ Lebitso la lekgoba leo e ne e le Malkuse. 11 Empa Jesu a re ho Petrose: “Kgutlisetsa sabole selateng.+ Ke lokela ho nwa senwelo seo Ntate a mphileng sona.”+
12 Yaba sehlopha sa masole, mookamedi wa sesole le balebedi ba tswang ho Bajuda ba tshwara Jesu mme ba mo fasa matsoho. 13 Ba mo isa ho Anase pele ka ha e ne e le ntate wa mosadi wa Kaifase.+ Kaifase e ne e le yena moprista ya phahameng selemong seo.+ 14 Kaifase ke yena ya ileng a eletsa Bajuda hore ho ne ho le molemong wa bona hore motho a le mong a shwele setjhaba.+
15 Simone Petrose a latela Jesu a ena le morutuwa e mong.+ Ka ha moprista ya phahameng o ne a tseba morutuwa eo, morutuwa eo a kena le Jesu lebaleng la moprista ya phahameng. 16 Petrose yena o ne a eme ka ntle monyako. Morutuwa eo ya tsejwang ke moprista ya phahameng a tswa a bua le ngwanana ya lebelang monyako yaba Petrose o dumellwa ho kena. 17 Jwale ngwanana eo a re ho Petrose: “Na ha o e mong wa barutuwa ba monna eo?” A re: “Ha ke yena.”+ 18 Ka ha ho ne ho bata, makgoba le balebedi ba ne ba orile mollo wa mashala. Petrose o ne a orile mollo oo le bona.
19 E mong wa baprista ba baholo a hloma Jesu dipotso ka barutuwa ba hae le ka dithuto tsa hae. 20 Jesu a re: “Ke rutile moo batho bohle ba mametseng. Ke ne ke ruta ka matlung a thapelo* le ka tempeleng,+ moo Bajuda kaofela ba phuthehang, ho se letho leo ke le buelang lekunutung. 21 Ke hobaneng ha o ntlhoma dipotso? Botsa batho bao ke neng ke ba ruta hobane ke bona ba tsebang dithuto tsa ka.” 22 E mong wa balebedi a otla Jesu+ lerameng yaba o re: “Ke yona tsela ya ho araba moprista e moholo ee?” 23 Jesu a re ho yena: “Haeba ke buile hampe, mpolelle hore na ke buile hampe kae. Haeba ke nepile, o nkotlelang?” 24 Anase a re Jesu a iswe ho moprista ya phahameng Kaifase a ntse a fasitswe matsoho.+
25 Ha Simone Petrose a ntse a orile mollo, ba re ho yena: “Na ha o e mong wa barutuwa ba hae?” A latola a re: “Ha ke yena.”+ 26 E mong wa makgoba a moprista ya phahameng, ya amanang le monna eo Petrose a ileng a mo kgaola tsebe+ a re: “Ke o bone serapeng o ena le yena.” 27 Empa Petrose a latola hape. Hang ha a qeta ho latola, mokoko wa lla.+
28 Ba mo tlosa ha Kaifase ba mo isa ntlong ya mmusisi.+ Ha ba fihla moo, ha ba a ka ba kena ka tlung hobane ba sa batle ho silafala+ e le hore ba tle ba je dijo tsa Paseka. 29 Pilato a tla ho bona ka ntle mme a re: “Le qosa monna eo kang?” 30 Ba re ho yena: “Re ka be re sa tlisa monna enwa ho wena hoja e ne e se setlokotsebe.”* 31 Pilato a re ho bona: “Ikahloleleng yena ka molao wa lona.”+ Bajuda ba re: “Molao ha o re dumelle ho bolaya motho.”+ 32 E ne e le hore ho phethahale boprofeta ba Jesu ha a ne a bolela hore na o tla shwa jwang.+
33 Pilato a kgutlela ka tlung, a bitsa Jesu a re ho yena: “Na o Morena wa Bajuda?”+ 34 Jesu a re: “Na o botsa hobane o nahana jwalo kapa hobane o utlwile batho ba bang ba tjho?” 35 Pilato a re: “Nna ha ke Mojuda. Ke batho ba heno le baprista ba baholo ba o tlisitseng ho nna. O entseng?” 36 Jesu a re:+ “Mmuso wa ka ha se wa lefatshe lena.+ Hoja e ne e le wa lefatshe lena, bahlanka ba ka ba ka be ba lwanne e le hore Bajuda ba se ke ba ntshwara.+ Empa Mmuso wa ka ha se wa lefatshe lena.” 37 Pilato a re ho yena: “O bolela hore o morena?” Jesu a re: “E, ke yena.*+ Ke tletse lefatsheng ho tla pakela nnete.+ Batho bohle ba ratang nnete ba a mmamela.” 38 Pilato a re: “Nnete ke eng?”
Ka mora ho tjho jwalo, a kgutlela ho Bajuda ka ntle a re ho bona: “Ke mo fumane a se molato.+ 39 Le tlwaetse ho re ke le lokollele motho ka Paseka.+ Na ha le batle hore ke le lokollele Morena wa Bajuda?” 40 Ba hweletsa ba re: “Lokolla Barabase eseng monna enwa!” Barabase e ne e le leshodu.+
19 Pilato a laela hore Jesu a shapuwe.+ 2 Masole a loha korone ka meutlwa, a mo rwesa yona yaba a mo apesa seaparo se pherese.+ 3 A ne a ntse a tla ho yena a re: “Dumela wena Morena wa Bajuda.” A ne a bile a mo otla lerameng.+ 4 Pilato a kgutlela ka ntle yaba o re ho bona: “Ke mo tlisa ka ntle tjena hore le tle le bone hore ke mo fumane a se molato.”+ 5 Jesu a tswa a rwetse korone e entsweng ka meutlwa a apere seaparo se pherese. Pilato a re ho bona: “Motho wa lona ke eo!” 6 Ha baprista ba baholo le balebedi ba mo bona ba hweletsa ba re: “Mo kgokgothele palong! Mo kgokgothele palong!”+ Pilato a re ho bona: “Lona mo kgokgotheleng hobane nna ha ke a mo fumana a le molato.”+ 7 Bajuda ba re: “Ho ya ka molao wa rona, o lokela ho bolawa+ hobane o ipitsa mora Modimo.”+
8 Ha Pilato a utlwa ba tjho jwalo a tshoha le ho feta. 9 A kena ka tlung yaba o re ho Jesu: “Hantlentle o tswa kae?” Jesu a thola.+ 10 Pilato a re ho yena: “Ha o batle ho nkaraba? Na ha o tsebe hore ke na le matla a hore o kgokgothelwe kapa o lokollwe?” 11 Jesu a re: “O ka be o se na matla hodima ka hoja ha o a a fuwa ke Modimo. Ke ka hoo motho ya ntlisitseng ho wena a leng molato ho o feta.”
12 Ka hoo, Pilato a nna a batla mokgwa wa ho mo lokolla empa Bajuda ba hweletsa ba re: “Ha o ka lokolla monna enwa o sera sa Sesare. Motho ya iketsang morena o fetohela Sesare.”+ 13 Ha Pilato a utlwa taba ena a bitsetsa Jesu ka ntle. Pilato a dula setulong sa kahlolo Sebakeng se Katuweng ka Majwe. Ka Seheberu sebaka seo se bitswa Gabatha. 14 E ne e ka ba ka 12 motshehare* e le letsatsi la ho lokisetsa Paseka.+ Pilato a re ho Bajuda: “Bonang morena wa lona!” 15 Le ha ho le jwalo, ba hweletsa ba re: “Mo bolaye! Mo bolaye! Mo kgokgothele palong!” Pilato a re ho bona: “Ke bolaye morena wa lona?” Baprista ba baholo ba re: “Morena wa rona ke Sesare feela.” 16 A fana ka Jesu hore a kgokgothelwe palong.+
Yaba ba tsamaya le yena. 17 Jesu a tsamaya a jere palo eo a neng a tlo kgokgothelwa ho yona,* a ya moo ho thweng ke Sebaka sa Lehata.+ Ka Seheberu se bitswa Golgotha.+ 18 Ba kgokgothela Jesu palong eo.+ O ne a le bohareng ba banna ba bang ba babedi ba kgokgothetsweng, e mong a le ka ho le letona, e mong a le ka ho le letshehadi.+ 19 Pilato a ngola boto a e beha palong eo Jesu a kgokgothetsweng ho yona. O ne a ngotse: “Enwa ke Jesu wa Monazaretha, Morena wa Bajuda.”+ 20 Bajuda ba bangata ba bala mongolo oo hobane Jesu o ne a kgokgothetswe haufi le motse. Boto eo e ne e ngotswe ka Seheberu, Selatine le Segerike. 21 Baprista ba baholo ba Bajuda ba re ho Pilato: “O se ke wa ngola ‘Morena wa Bajuda.’ Ngola hore o itse, ‘Ke nna Morena wa Bajuda.’” 22 Pilato a re: “Ntho eo ke e ngotseng nke ke ka e hlakola.”
23 Ka mora hore masole a kgokgothele Jesu palong, a nka diaparo tsa hae a di tabola dikarolo tse nne, lesole ka leng la nka karolo ya lona. A nka le seaparo sa hae sa ka hare. Empa sona se ne se se na moroko, se lohilwe ho tloha hodimo ho ya tlase. 24 Masole ao a re: “A re se keng ra se tabola, re lahle lotho hore re tle re bone hore na e tla ba sa mang.”+ Ka ho etsa dintho tsena, a ne a phethahatsa lengolo le reng: “Ba arolelana diaparo tsa ka, ba lahla lotho bakeng sa diaparo tsa ka.”+ Masole a ile a fela a etsa dintho tsena.
25 Mme wa Jesu,+ ngwanabo mme wa hae, Maria mosadi wa Clopase le Maria Magdalena+ ba ne ba eme haufi le palo eo Jesu a kgokgothetsweng ho yona. 26 Ha Jesu a bona mme wa hae le morutuwa eo a neng a mo rata+ ba eme haufi, a re ho mme wa hae: “Mme, mora wa hao ke enwa.” 27 A re ho morutuwa eo: “Mme wa hao ke enwa.” Ho tloha ka nako eo ho ya pele, mme wa Jesu a yo dula ha morutuwa eo.
28 Ha Jesu a hlokomela hore o phethile mosebetsi oo a o filweng a re: “Ke nyorilwe.”+ O ne a bua mantswe ana ho phethahatsa lengolo. 29 Ho ne ho ena le nkgo moo e tletseng veine e bodila. Ba ina sepontjhe ka hara veine eo e bodila, ba se beha lehlakeng la hisopa* yaba ba se isa molomong wa hae.+ 30 Ka mora hore Jesu a latswe veine eo a re: “Ho phethehile.”+ A inamisa hlooho yaba o hema la ho qetela.*+
31 Ka ha e ne e le letsatsi la ho lokisetsa Paseka,+ Bajuda ba kopa Pilato hore banna bao ba rojwe meomo le hore ditopo di tloswe e le hore di se ke tsa sala moo dipalong+ ka Sabatha. (Sabatha eo e ne e le e kgolo.)+ 32 Masole a roba meomo ya monna wa pele le ya monna e mong ya neng a kgokgothetswe palong pela hae. 33 Ha a fihla ho Jesu a bona hore o se a shwele yaba ha a mo robe meomo. 34 Lesole le leng la mo hlaba lehlakoreng ka lerumo+ yaba ho tswa madi le metsi. 35 Motho ya boneng dintho tsena o di pakile mme bopaki ba hae ke ba nnete. O a tseba hore dintho tseo a di buang ke nnete ebile o di bua hore le dumele.+ 36 Dintho tsena di ile tsa etsahala e le hore lengolo le phethahale le reng: “Ha ho na lesapo la hae le tla robeha.”+ 37 Lengolo le leng lona le re: “Ba tla sheba eo ba mo hlabileng.”+
38 Ka mora moo, Josefa wa Arimathea a kopa Pilato hore a mo dumelle ho theola setopo sa Jesu. Josefa e ne e le morutuwa wa Jesu ka sekgukgu hobane o ne a tshaba Bajuda.+ Pilato a mo dumella yaba o a ya o tlosa setopo sa Jesu.+ 39 Nikodemase+ le yena a tlisa motswako* wa mira le makgala, o boima ba dikhilokramo tse ka bang 33.* Nikodemase ke yena ya neng a kile a ya ho Jesu bosiu.+ 40 Ba nka setopo sa Jesu ba se thatela ka masela a line a tshetsweng ka dinoko tseo,+ e leng tsela eo Bajuda ba neng ba tlwaetse ho pata batho ka yona. 41 Ho ne ho ena le serapa moo a neng a bolaetswe teng. Serapeng seo ho ne ho ena le lebitla le letjha+ leo ho neng ho eso ka ho patelwa motho ho lona. 42 Ka ha e ne e le letsatsi la Bajuda la ho lokisetsa Paseka+ ebile lebitla leo le le haufi, ba patela Jesu moo.
20 Ka letsatsi la pele la beke, Maria Magdalena a tla lebitleng hoseng haholo+ ho sa le lefifi mme a fumana lejwe le se le tlositswe lebitleng.+ 2 A mathela ho Simone Petrose le morutuwa eo Jesu a neng a mo rata+ yaba o re ho bona: “Ba tlositse Morena ka lebitleng,+ ha re tsebe hore na ba mo behile kae.”
3 Petrose le morutuwa eo ba ya lebitleng. 4 Ba matha ba le babedi empa morutuwa eo a siya Petrose a fihla lebitleng pele. 5 Ha a sheba, a bona masela a line+ empa ha a ka a kena. 6 Ha Simone Petrose a fihla, a kena ka lebitleng yaba o bona masela a line moo. 7 Lesela le neng le thatetse hlooho le ne le sa dula le a mang, le ne le phuthilwe le le ka thoko. 8 Morutuwa ya neng a fihlile lebitleng pele le yena a kena, yare ha a bona a dumela ditaba tseo ba di utlwileng. 9 Ba ne ba eso utlwisise lengolo le reng o tla tsoha bafung.+ 10 Barutuwa bana ba babedi ba kgutlela malapeng a bona.
11 Maria yena a sala moo pela lebitla a ntse a lla. Ha a ntse a lla jwalo, a sheba ka lebitleng 12 yaba o bona mangeloi a mabedi+ a apere diaparo tse tshweu a dutse moo Jesu a neng a behilwe teng, le leng le dutse ka hloohong, le leng ka maotong. 13 Mangeloi ao a re ho yena: “O llelang?” A re ho ona: “Ba tlositse Morena wa ka, ha ke tsebe hore na ba mo behile kae.” 14 Ha Maria a hetla a bona motho e mong empa o ne a sa elellwe hore ke Jesu.+ 15 Jesu a re ho yena: “O llelang? O batla mang?” Maria o ne a nahana hore motho eo ke mohlokomedi wa serapa yaba o re ho yena: “Ntate, haeba o mo nkile, mpolelle hore na o mo behile kae e le hore nka mo nka.” 16 Jesu a re ho yena: “Maria.” A hetla hape yaba o re ho Jesu ka Seheberu: “Rabboni!” (e bolelang “Mosuwe!”) 17 Jesu a re: “O se ke wa mmamarela hobane ha ke eso ye ho Ntate. Eya ho bana beso*+ o re ho bona: ‘Ke ya ho Ntate+ wa ka le Modimo wa ka+ e leng Ntate wa lona le Modimo wa lona.’” 18 Maria Magdalena a ya ho barutuwa a re ho bona: “Ke bone Morena!” A ba phetela hore na Jesu o itseng.+
19 E ne e le mantsiboya letsatsing la pele la beke mme barutuwa ba inotleletse ka tlung hobane ba tshaba Bajuda. Jesu a hlaha hara bona yaba o re: “Kgotso e be le lona.”+ 20 Ka mora ho ba dumedisa a ba bontsha matsoho le lehlakore la hae.+ Barutuwa ba thaba ha ba bona hore ke Morena.+ 21 Jesu a boela a re: “Kgotso e be le lona.+ Ke a le roma+ feela jwalo ka ha Ntate a nthomile.”+ 22 Ha a qeta ho tjho jwalo a budulela moya ho bona yaba o re: “Ke le fa moya o halalelang.+ 23 Haeba le re batho ba tshwaretswe dibe ehlile ba tshwaretswe. Haeba le re ha ba a tshwarelwa ehlile ha ba a tshwarelwa.”
24 E mong wa baapostola ba 12 e leng Thomase+ ya neng a bitswa Lefahla, o ne a le siyo ha Jesu a hlaha hara bona. 25 Barutuwa ba bang ba mo phetela ba re: “Re bone Morena!” Yena a re ho bona: “Ntle le hore ke bone maqeba a dipekere matsohong a hae ke be ke a thetse ka monwana le hore ke tshware leqeba le lehlakoreng la hae,+ nke ke ka dumela.”
26 Matsatsi a robedi ha morao barutuwa ba hae ba ne ba le ka tlung hape mme Thomase a ena le bona. Jesu a hlaha hara bona le hoja menyako e ne e notletswe. A re: “Kgotso e be le lona.”+ 27 A re ho Thomase: “Sheba matsoho a ka o thetse maqeba a ka ka monwana. Tshwara leqeba le lehlakoreng la ka. Kgaotsa ho belaela empa o be le tumelo.” 28 Thomase a re: “Morena wa ka le Modimo wa ka!” 29 Jesu a re: “Na o dumetse hobane o mpone? Ho thaba ba dumelang le hoja ba sa bona.”
30 Jesu o ile a etsa mehlolo e meng e mengata moo barutuwa ba hae ba ntseng ba bona, e sa ngolwang moqolong ona.+ 31 Tsena tse ngotsweng di ngoletswe hore le ka dumela hore Jesu ke Kreste Mora wa Modimo le hore le be le bophelo ka lebitso la hae hobane le dumetse.+
21 Ka mora dintho tsena, Jesu a boela a hlaha ho barutuwa Lewatleng la Tiberiase. O ile a hlaha ka tsela ena: 2 Ba neng ba le teng e ne e le Simone Petrose, Thomase (ya neng a bitswa Lefahla),+ Nathanaele+ ya tswang Kana e Galilea, bara ba Zebedea+ le barutuwa ba bang ba Jesu ba babedi. 3 Simone Petrose a re ho bona: “Nna ke yo tshwasa ditlhapi.” Ba re ho yena: “Le rona re ya le wena.” Ba palama sekepe empa bosiung boo ha ba a ka ba tshwasa letho.+
4 Ha bosiu bo esa, barutuwa ba bona motho a eme lebopong empa ba ne ba sa elellwe hore ke Jesu.+ 5 Jesu a re ho bona: “Metswalle ya ka,* na le na le dijo?”* Ba re: “Tjhe!” 6 A re ho bona: “Lahlelang letlowa* ka lehlakoreng le letona la sekepe le tla di fumana.” Ba le lahlela empa ba hloleha ho le hula hobane ba tshwasitse ditlhapi tse ngata haholo.+ 7 Morutuwa eo Jesu a neng a mo rata+ a re ho Petrose: “Ke Morena!” Ha Simone Petrose a utlwa hore ke Morena, a apara* seaparo sa hae ka ha o ne a hlobotse,* a itahlela ka lewatleng. 8 Barutuwa ba bang ba tla ka seketswana ba ntse ba hula letlowa le tletseng ditlhapi. Ba ne ba se hole le lebopo hobane ba ne ba le bohole ba dimithara tse ka bang 90* feela ho tloha ho lona.
9 Ha ba fihla lebopong, ba bona bohobe le ditlhapi di besitswe mollong wa mashala. 10 Jesu a re ho bona: “Tlisang ditlhapi tse ding tseo le qetang ho di tshwasa.” 11 Simone Petrose a kena ka sekepeng a hulela letlowa lebopong. Letlowa leo le ne le tshetse ditlhapi tse 153 tse kgolo empa ha le a ka la phatloha le hoja di ne di le ngata hakaalo. 12 Jesu a re ho bona: “Tloong le tlo ja.” Kaofela ba ne ba tshaba ho mo botsa hore na ke mang hobane ba ne ba tseba hore ke Jesu Morena wa bona. 13 Jesu a atamela a ba fa bohobe le tlhapi. 14 Lena e ne e le lekgetlo la boraro+ Jesu a hlaha ho barutuwa ba hae ka mora hore a tsoswe bafung.
15 Ha ba qeta ho ja, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone mora wa Johanne, na o nthata ho feta dintho tsee?” A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re: “Fepa dikonyana tsa ka.”+ 16 A re ho yena ka lekgetlo la bobedi: “Simone mora wa Johanne, na o a nthata?” A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Disa dinku tsa ka tse nyenyane.”+ 17 Jesu a re ho yena ka lekgetlo la boraro: “Simone mora wa Johanne, na o a nthata?” Petrose a sarelwa hobane a mo botsitse ka lekgetlo la boraro hore na o a mo rata. Yaba o re ho yena: “Morena, o tseba dintho tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Fepa dinku tsa ka tse nyenyane.+ 18 Ha o ne o le monyenyane, o ne o ikapesa, o ya hohle moo o batlang. Empa ke a o tiisetsa hore ha o se o hodile, o tla phahamisa matsoho ebe motho e mong o a o apesa a be a o ise moo o sa batleng ho ya.” 19 Ka ho tjho jwalo o ne a profeta hore Petrose o tla bolawa ka lebaka la ho tshepahalla Modimo. Ka mora moo a re ho yena: “O se ke wa kgaotsa ho ntatela.”+
20 Ha Petrose a hetla, a bona morutuwa eo Jesu a neng a mo rata+ a ba setse morao. Morutuwa eo ke yena ya neng a ile a itshetleha sefubeng sa Jesu ha ba le dijong tsa mantsiboya mme a mo botsa hore na ke mang ya tlo mo rekisa.* 21 Ha Petrose a mo bona a re ho Jesu: “Morena, monna eo yena ho tla etsahalang ka yena?” 22 Jesu a re ho yena: “Haeba ke batla hore a sale ho fihlela ke tla, e o ama kae taba eo? Wena o se ke wa kgaotsa ho ntatela.” 23 Taba ya hore morutuwa eo o ne a ke ke a shwa e ile ya hasahasana hara barutuwa. Le ha ho le jwalo, Jesu o ne a sa re morutuwa eo a ke ke a shwa empa o ne a itse: “Haeba ke batla hore a sale ho fihlela ke tla, e o ama kae taba eo?”
24 Enwa ke yena morutuwa+ ya pakang dintho tsena le ya di ngotseng mme re a tseba hore bopaki ba hae ke ba nnete.
25 Ho na le dintho tse ding tse ngata tseo Jesu a ileng a di etsa tseo ke nahanang hore ha di ne di ka ngolwa kaofela, lefatshe le ne le ke ke la ba le sebaka sa ho boloka meqolo eo kaofela.+
Kapa: “ya tswetsweng a nnotshi.”
Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “modimo ya tswetsweng a nnotshi.”
Kapa: “sefubeng sa Ntate.” E bolelang boemo ba motho ya ratwang haholo.
Sheba Ntlha ya A5.
Ka Segerike: “meqathatso.”
Ka Segerike: “hora ya leshome.”
Kapa: “feiga.”
Ka Segerike: “Mosadi, taba ya ka le wena ke efe?” Mantswe ana a bontsha hore motho o a hana. Ha se hore Jesu o ne a tella ha a re “mosadi.”
Ka Segerike: “ditekanyo tse pedi kapa tse tharo.” E ka nna yaba tekanyo ena e ne e le bate e etsang dilithara tse 22. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Segerike: “kganya.”
Ke batho ba tjhentjhang ditjhelete ba batla phaello.
Ka Segerike: “lebitsong la hae.”
Ka Segerike: “ya tswetsweng a nnotshi.”
Kapa: “kgalemelwa.”
Ka Segerike: “behile setempe sa.”
Ka Segerike: “ka hora ya botshelela.”
Kapa: “mpho e sa lefellweng.”
Kapa: “ha a bonahale.”
Ka Segerike: “ka hora ya bosupa.”
Sheba Ntlha ya A3.
Kapa: “ba mabitleng a kgopotso” e leng bao Modimo a ntseng a ba hopola.
E ka nna yaba ho buuwa ka dintho tseo ba di entseng ka mora hore ba tsoswe.
Sheba Ntlha ya B14.
Ka Segerike: “ditediamo tse ka bang 25 kapa 30.” Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “o behile setempe sa hae sa kamohelo hodima hae.”
Sheba Ntlha ya A5.
Ka Segerike: “Modimo.”
Ka Segerike: “lefatshe.”
Ka Segerike: “ha le na bophelo ka ho lona.”
Ka Segerike: “sinagogeng.” Kapa mohlomong: “phuthehong.”
Kapa: “eka.”
Kapa: “diabolose.”
Kapa: “Maphephe.”
Ke dikolo tsa borabi.
Temana ya 53 ho ya ho kgaolo ya borobedi, temana ya 11 ha di yo meqolong e mengata ya kgale e tshepahalang.
Ke bana ba hlahileng batswadi ba bona ba sa nyalana. Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Kapa: “Le tshwana le medimo.”
Kapa: “lebitleng la kgopotso” e leng lebitleng la batho bao Modimo a ntseng a ba hopola.
Ka Segerike: “ditediamo tse ka bang 15.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Segerike: “ba bokella Sanhedrine.”
Kapa: “sebaka sa rona sa borapedi.”
Ka Segerike: “Ponto” e leng ponto ya Baroma ya dikramo tse ka bang 327. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “eka.”
Sheba Ntlha ya B14.
Sheba Ntlha ya A5.
Kapa: “lebitleng la kgopotso” e leng lebitleng la batho bao Modimo a ntseng a ba hopola.
Ka Segerike: “shwa.”
Ka Segerike: “horeng ena.”
Ka Segerike: “ke phahamiswa.”
Sheba Ntlha ya A5.
Sheba Ntlha ya A5.
Kapa: “dipelo.”
Kapa: “dipelo tsa bona di sa utlwisiseng.”
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Kapa: “eke.”
Kapa: “ha ho moo nna le wena re kopanang teng.”
Kapa: “eka.”
Kapa: “nkeka.”
Ka Segerike: “sefubeng sa hae.”
Ka Segerike: “Bana ba banyenyane.”
Kapa: “motshedisi.”
Kapa: “le dikgutsana.”
Ka Segerike: “kgoptjwa.”
Ka Segerike: “disinagogeng.”
Kapa: “mothusi.”
Ka Segerike: “mesarelo.”
Kapa: “ithuta ka wena.”
E leng ho ba kgethela ho etsa mosebetsi o halalelang.
Kapa: “molapo o phoroselang wa mariha wa Kidrone.”
Kapa: “ekile.”
Kapa: “ekile.”
Ka Segerike: “disinagogeng.”
Kapa: “hoja o ne a sa tlola molao.”
Ka Segerike: “Ke wena ya tjhong.” Ke mokgabopuo o bontshang ho dumela.
Ka Segerike: “hora ya botshelela.”
Kapa: “palo eo batho ba hlokofaletswang ho yona.” Sheba Tlhaloso.
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “a shwa.”
Kapa mohlomong: “sephuthelwana.”
Ka Segerike: “diponto tse 100.” E leng diponto tsa Baroma. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “barutuwa.”
Ka Segerike: “Bana ba banyenyane.”
Kapa: “ditlhapi.”
Ke nete e tshwasang ditlhapi.
Kapa: “itlama ka.”
Kapa: “a apere diaparo tsa ka hare feela.”
Ka Segerike: “ditswe tse ka bang 200.” Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “eka.”