LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Moeklesia 1:1-12:14
  • Moeklesia

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Moeklesia
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Moeklesia

MOEKLESIA

1 Mantswe a mosuwe,*+ morena wa Jerusalema, mora wa Davida.+

 2 Mosuwe o re: “Lefeela la mafeela!

Lefeela la mafeela! Ntho e nngwe le e nngwe ke lefeela!”*+

 3 Motho o fumanang mosebetsing wohle o boima

Oo a o sebetsang ka thata moo lefatsheng?*+

 4 Moloko o a hlaha mme moloko o a feta

Empa lefatshe le dula le le teng* ho ya ho ile.+

 5 Letsatsi le a tjhaba ebile le a dikela

Ebe le potlakela ho kgutlela moo le tswang teng e le hore le tjhabe hape.+

 6 Moya o ya borwa mme o potoloha ho ya leboya.

O ntse o potoloha jwalo, o sa kgaotse.

 7 Dinoka* kaofela di phallela lewatleng empa lewatle ha le tlale.+

Di kgutlela sebakeng seo di qadileng ho phalla di le ho sona e le hore di phalle hape.+

 8 Dintho tsohle di a kgathatsa,

Ha ho motho ya kgonang ho di hlalosa.

Leihlo ha le kgotsofalle ho bona

Le tsebe ha e tlale ke ho utlwa.

 9 Se bileng teng se tla ba teng

Le se kileng sa etswa se tla etswa hape,

Ha ho letho le letjha mona lefatsheng.*+

10 Na ho na le ntho eo motho a ka reng ka yona: “Bona ntho ena, e ntjha”?

Esale e le teng ho tloha kgalekgale,

Esale e le teng pele ho mehla ya rona.

11 Ha ho na motho ya hopolang batho ba mehleng ya kgale,

Ha ho na motho ya tla hopola batho ba tla ba teng ha morao,

Le bona ba ke ke ba hopolwa ke batho ba tlo hlaha ka mora bona.+

12 Nna mosuwe, ke ne ke le morena wa Iseraele Jerusalema.+ 13 Ka pelo yohle ke ile ka ikemisetsa ho sebedisa bohlale ba ka+ ho ithuta le ho batlisisa* ka ntho e nngwe le e nngwe e entsweng lefatsheng.+ Ka batlisisa ka mosebetsi o bosula oo Modimo a o fileng batho o ba phathahantseng.

14 Ke ile ka bona mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng*

Mme ka hlokomela hore ntho e nngwe le e nngwe ke lefeela, ke ho lelekisa moya.+

15 Dintho tse sothehileng di ke ke tsa otlollwa,

Le tse siyo di ke ke tsa balwa.

16 Ke ile ka re ka pelong: “Ke bohlale ho feta mang kapa mang ya bileng teng pele ho nna Jerusalema+ ebile ke fumane bohlale bo bongata le tsebo.”+ 17 Ka pelo yohle ke ile ka ikemisetsa ho tseba bohlale, bohlanya le bowatla+ mme ho ikemisetsa ho tseba dintho tsena le hona ke ho lelekisa moya.

18 Bohlale bo bongata bo baka le matshwenyeho a mangata.

Ka hoo, ya eketsang tsebo o eketsa bohloko.+

2 Ke ile ka re ka pelong: “Ere ke leke ho ithabisa* ke tle ke bone hore na ke tla fumana molemo ofe.” Empa ka fumana hore le hona e ntse e le lefeela.

 2 Ke ile ka re: “Ho tsheha ke bohlanya.”

Hape ka ipotsa hore na thabo* e na le molemo ofe.

3 Ke ile ka re nke ke bone hore na ke tla fumana molemo ofe ha ke nwa veine,+ ha ka nako e tshwanang ke ntse ke bolokile bohlale ba ka. Ke ile ka ba ka etsa bowatla e le hore ke tsebe hore na ntho e molemo eo motho a ka e etsang ka matsatsi a fokolang ha a ntse a phela lefatsheng* ke efe. 4 Ke entse mesebetsi e meholo.+ Ke ile ka ikahela matlo,+ ka itemela dirapa tsa morara.+ 5 Ka iketsetsa dirapa tse kgolo le tse nyenyane mme ho tsona ka lema difate tsa ditholwana tsa mefuta yohle. 6 Ka iketsetsa matamo a metsi e le hore ke nosetse moru wa difate tse tlokomang. 7 Ka ba le basebetsi+ ba banna le ba basadi mme ka ba le basebetsi ba hlahetseng ha ka.* Ka boela ka rua diphoofolo tse ngata: Dikgomo le mohlape wa dinku le dipodi+ tse ngata ho feta tsa bohle ba bileng teng pele ho nna Jerusalema. 8 Ka ipokellela silevera le kgauta,+ matlotlo a tshwanetseng* marena le diprofinse.+ Ka ipatlela dibini tsa banna le tsa basadi le ntho e thabisang banna haholo e leng basadi ba bangata. 9 Ke ile ka ba moholo mme ka ba le ho hongata ho feta mang kapa mang ya bileng teng pele ho nna Jerusalema.+ Hape ka dula ke le bohlale.

10 Ha ke a ka ka itima letho leo ke neng ke le batla.*+ Ha ke a ka ka hanela pelo ya ka ka eng kapa eng e thabisang* etswe pelo ya ka e ne e thabile ka lebaka la mosebetsi wohle wa ka o boima. Ona e ile ya eba moputso wa ka* bakeng sa mosebetsi wohle wa ka o boima.+ 11 Empa ha ke sheba dintho tsohle tseo ke di entseng ka matsoho a ka le mosebetsi o boima oo ke sebeditseng ka thata ho o phetha,+ ka bona hore ntho e nngwe le e nngwe e ne e le lefeela, e le ho lelekisa moya.+ Ho ne ho se na letho le molemo lefatsheng.*+

12 Yaba ke hlahloba bohlale, bohlanya le bowatla.+ Ke ne ke ipotsa hore na motho ya hlahlamang morena a ka etsang haese ntho eo batho ba seng ba ntse ba e entse. 13 Ka bona hore bohlale bo molemo ho feta bowatla+ feela jwalo ka ha lesedi le le molemo ho feta lefifi.

14 Motho ya bohlale o bona tsela ya hae hantle*+ empa motho ya se nang kelello o tsamaya lefifing.+ Hape ke hlokometse hore ba hlahelwa ke ntho e tshwanang qetellong.+ 15 Ka re ka pelong: “Haeba qetellong ke tla hlahelwa ke ntho e tshwanang le e tlo hlahela motho ya se nang kelello jwale ke fumane molemo ofe ka hore ebe ke ne ke le bohlale haholo?”+ Ka hoo, ka re ka pelong: “Hona le hona ke lefeela.” 16 Ya bohlale le ya se nang kelello ka bobedi qetellong ba tla lebalwa.+ Ka moso bohle ba tla be ba lebetswe. Ya bohlale o tla shwa jwalo ka ya se nang kelello.+

17 Ka hoo, ke ile ka hloya bophelo+ hobane ke bona ntho e nngwe le e nngwe e etswang lefatsheng* e le bohloko etswe ntho e nngwe le e nngwe e ne e le lefeela,+ e le ho lelekisa moya.+ 18 Ke ile ka hloya dintho tsohle tseo ke neng ke di sebeleditse ka thata lefatsheng+ hobane ke tlameha ho di siela motho e mong.+ 19 Hape ke mang ya tsebang hore na motho eo o tla ba bohlale kapa e be lewatla?+ Ho ntse ho le jwalo, o tla laola dintho tsohle tsa ka tseo ke di sebeleditseng ka thata le ka bohlale ba ka hore ke di fumane lefatsheng.* Hona le hona ke lefeela. 20 Ka hoo, pelo ya ka e ile ya nyahama ka lebaka la mosebetsi wohle o boima oo ke o entseng lefatsheng.* 21 Motho a ka sebetsa ka thata le ka bohlale, tsebo le boiphihlelo ba hae empa o lokela ho fana ka moputso wa hae* ho motho ya sa o sebeletsang.+ Hona le hona ke lefeela le tlokotsi e kgolo.

22 Motho o fumana eng ka mosebetsi wa hae o boima le ka boikemisetso ba hae* ba ho sebetsa ka thata lefatsheng?*+ 23 Mosebetsi wa hae o mo bakela bohloko le matshwenyeho bophelo bohle ba hae+ le bosiu pelo ya hae ha e phomole.+ Hona le hona ke lefeela.

24 Ha ho letho le molemo ho motho ho feta hore a je, a nwe le hore a thabele* mosebetsi wa hae o boima.+ Ke hlokometse hore hona le hona ho tswa ho Modimo wa nnete.+ 25 Etswe ke mang ya jang le ya nwang ha monate ho mpheta?+

26 Modimo o fa batho ba mo kgahlisang bohlale, tsebo le thabo+ empa baetsadibe o ba fa mosebetsi wa ho bokella le ho phutha e le hore feela ba fe ya kgahlisang Modimo wa nnete.+ Hona le hona ke lefeela le ho lelekisa moya.

3 Ho na le nako e nepahetseng bakeng sa ntho e nngwe le e nngwe,

Nako ya ntho e nngwe le e nngwe e etsahalang lefatsheng:*

 2 Nako ya tswalo le nako ya ho shwa.

Nako ya ho lema le nako ya ho fothola se lenngweng.

 3 Nako ya ho bolaya le nako ya ho fodisa.

Nako ya ho heletsa le nako ya ho haha.

 4 Nako ya ho lla le nako ya ho tsheha.

Nako ya ho bokolla le nako ya ho tantsha.*

 5 Nako ya ho lahla majwe le nako ya ho bokella majwe.

Nako ya ho haka motho le nako ya ho qoba ho haka motho.

 6 Nako ya ho batla le nako ya ho tela se lahlehileng.

Nako ya ho boloka le nako ya ho lahla.

 7 Nako ya ho tabola+ le nako ya ho roka.

Nako ya ho thola+ le nako ya ho bua.+

 8 Nako ya ho rata le nako ya ho hloya.+

Nako ya ntwa le nako ya kgotso.

9 Motho ya sebetsang o fumanang boitekong bohle ba hae?+ 10 Ke bone mosebetsi oo Modimo a o fileng batho e le hore ba dule ba phathahane. 11 O entse ntho e nngwe le e nngwe e le ntle* ka nako ya yona.+ O kentse ka dipelong tsa bona takatso ya ho phela ka ho sa feleng. Ho ntse ho le jwalo, batho ba ke ke ba tseba mosebetsi oo Modimo wa nnete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.

12 Ke qetile ka hore ha ho letho le molemo ho batho ho feta hore ba thabe le hore ba etse dintho tse ntle bophelong ba bona+ 13 le hore motho e mong le e mong a je mme a nwe le ho thabela* mosebetsi wohle wa hae o boima. Ke mpho ya Modimo.+

14 Ke a tseba hore ntho e nngwe le e nngwe eo Modimo wa nnete a e etsang, e tla ba teng ho ya ho ile. Batho ba ke ke ba eketsa kapa ba fokotsa letho ho yona. Modimo wa nnete o e entse jwalo e le hore batho ba ka mo hlompha.+

15 Eng kapa eng e etsahalang e se e etsahetse mme e tlang ho ba teng e bile teng.+ Empa Modimo wa nnete o batla ntho eo batho ba e pheheletseng.*

16 Ke boetse ke bone ntho ena lefatsheng:* Moo ho tshwanelang ho ba le toka ho ne ho ena le bokgopo le moo ho tshwanelang ho ba le ho loka ho ne ho ena le bokgopo.+ 17 Ka hoo, ka re ka pelong: “Modimo wa nnete o tla ahlola ya lokileng le ya kgopo+ ka ha ho na le nako bakeng sa mosebetsi o mong le o mong le ketso e nngwe le e nngwe.”

18 Ka boela ka re ka pelong mabapi le batho: “Modimo wa nnete o tla ba beha tekong mme a ba bontshe hore ba tshwana le diphoofolo.” 19 Ntho e etsahallang motho e etsahalla le phoofolo. Jwalo ka ha phoofolo e shwa, motho o shwa ka mokgwa o tshwanang.+ Kaofela ba na le moya o le mong.+ Ka hoo, motho ha a phahamela phoofolo hobane ntho e nngwe le e nngwe ke lefeela. 20 Kaofela ba ya sebakeng se le seng.+ Kaofela ba tswa leroleng+ mme kaofela ba kgutlela leroleng.+ 21 Ke mang ya tsebang hantle hore na moya wa batho o nyolohela hodimo kapa hore na moya wa diphoofolo o theohela tlase lefatsheng?+ 22 Hape ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a thabele mosebetsi wa hae+ ka ha ke moputso wa* hae. Ke mang ya ka etsang hore motho a bone tse tla etsahala ha a se a shwele?+

4 Ka boela ka hlokomela diketso tsohle tsa kgatello tse ntseng di etsahala lefatsheng.* Ka bona meokgo ya ba ntseng ba hatellwa mme ho se ya ba tshedisang.+ Batho ba ba hatellang ba ne ba ena le matla mme ho se ya tshedisang ba hatellwang. 2 Ka hoo, ke ile ka lebohela ba seng ba shwele ho ena le ba ntseng ba phela.+ 3 Ya iketlang ho ba feta ka bobedi ke ya eso hlahe,+ ya eso bone dintho tse bohloko tse etsahalang lefatsheng.*+

4 Ke bone hore ha batho ba hlodisana, ba ntsha bokgoni ba bona ebile ba sebetsa ka thata.+ Hona le hona ke lefeela, ke ho lelekisa moya.

5 Ya se nang kelello o phutha matsoho, a lape a be a shwe.*+

6 Ho phomola hanyenyane ho* molemo ho feta ho sebetsa ka thata haholo,* e leng ho lelekisa moya.+

7 Ke ile ka hlokomela ntho e nngwe e neng e se na thuso lefatsheng:* 8 Ke motho ya mong to! Ha a na motswalle, ha a na mora kapa ngwanabo empa o sebetsa ka thata a sa qete. Hape, ha ho mohla a* kgotsofallang maruo.+ Empa na ho na le mohla a ipotsang, ‘Ke sebetsa ka thata le ho itima dintho tse monate bakeng sa mang?’+ Hona le hona ke lefeela le mosebetsi o bosula.+

9 Ba babedi ba molemo ho feta a le mong+ hobane ba na le moputso o moholwanyane bakeng sa mosebetsi wa bona o boima. 10 Etswe haeba a le mong wa bona a wa, e mong a ka mo emisa. Empa ho tla etsahalang ka a le mong feela ya wang ha ho se na ya mo emisang?

11 Ho feta moo, haeba ba babedi ba robala mmoho, ba tla futhumala empa motho a le mong feela a ka futhumala jwang? 12 Hape ha motho a le mong, e mong a ka mo hlola ka matla empa ha ba le babedi ba ka mo hlola. Thapo e meloho e meraro e ke ke ya kgaolwa ha bonolo.*

13 Ngwana ya futsanehileng empa a le bohlale o molemo ho feta morena ya tsofetseng empa e le lewatla+ le se nang kelello hoo le sitwang ho mamela temoso.+ 14 O* tswile teronkong hore e be morena+ le hoja a tswetswe e le mofutsana nakong ya puso ya morena eo ya tsofetseng.+ 15 Ke bone se etsahallang bohle ba phelang ba tsamayang lefatsheng* le mohlankana ya hlahlamang morena boreneng ba hae. 16 Le hoja batho ba mo tshehetsang ba sa fele, batho ba hlahang ha morao ba ke ke ba mo thabela.+ Hona le hona ke lefeela, ke ho lelekisa moya.

5 Ikele hloko neng kapa neng ha o ya ntlong ya Modimo wa nnete.+ Ho molemo hore o atamele mme o mamele+ ho ena le ho fana ka sehlabelo ka boikaketsi jwalo ka ha ba se nang kelello ba etsa+ etswe ha ba hlokomele hore ntho eo ba e etsang e mpe.

2 O se ke wa potlakela ho bua. O se ke wa dumella pelo ya hao hore e bue e sa nahana ka pela Modimo wa nnete+ hobane Modimo wa nnete o mahodimong empa wena o lefatsheng. Ke ka lebaka leo mantswe a hao e lokelang ho ba a seng makae.+ 3 Etswe motho ya nahanang* ka dintho tse ngata haholo o qetella a lora+ mme ho bua haholo ho etsa hore motho a bue dintho tse se nang kelello.+ 4 Neng kapa neng ha o etsa boitlamo ho Modimo, o se ke wa dieha ho bo phetha+ etswe ha a thabele batho ba hlokang kelello.+ O phethe boitlamo boo o bo entseng.+ 5 Ho molemo hore o se ke wa etsa boitlamo ho ena le hore o etse boitlamo ebe ha o bo phethe.+ 6 O se ke wa dumella molomo wa hao ho o kgannela sebeng*+ mme o se ke wa re ka pela lengeloi:* “Ke ne ke itlamme ka phoso.”+ Ke hobaneng ha o halefisa Modimo wa nnete ka lebaka la dintho tseo o di buang? Ha o etsa jwalo o tla etsa hore ntho e nngwe le e nngwe eo o e etsang e se ke ya atleha.+ 7 Etswe feela jwalo ka ha ho nahana ka dintho tse ngata haholo ho qetella ka ditoro+ le mantswe a mangata a qetella ka dintho tse se nang thuso. Empa wena o tshabe Modimo wa nnete.+

8 Haeba seterekeng sa heno o bona bafutsana ba hatellwa, o bona toka le ho loka di le siyo, taba eo e se ke ya o makatsa.+ Etswe ofisiri eo e phahameng e ntse e shebilwe ke ya e phahametseng le ho feta mme ho na le ba bang ba phahametseng bao.

9 Hape phaello ya lefatshe e arotswe hara banna bana kaofela. Esita le morena o a ja ha tshimo e lengwa.+

10 Ya ratang silevera a ke ke a kgotsofalla silevera hape ya ratang leruo a ke ke a kgotsofalla tjhelete e kenang.+ Sena le sona ke lefeela.+

11 Ha maruo a eketseha, batho ba a jang le bona ba a eketseha.+ Ho na le molemo ofe ho monga ona haese feela ho a sheba?+

12 Boroko ba ya sebeletsang bo monate ho sa tsotellehe hore na o ja ho honyenyane kapa ho hongata empa dintho tse ngata tsa morui ha di mo dumelle ho robala.

13 Ho na le tlokotsi e kgolo eo ke e boneng lefatsheng:* Ha maruo ao motho a a bokeletseng a mo ntsha kotsi. 14 Maruo ao a ile a mo lahlehela ka lebaka la kgwebo e* sa kang ya mo tsamaela hantle. Ha a eba le mora, ha ho na lefa leo a ka mo sielang lona.+

15 Jwalo ka ha motho a tswetswe a le feela, o tla ya lebitleng a le feela jwalo ka ha a tlile a le jwalo.+ A ke ke a nka letho bakeng sa mosebetsi wa hae o boima.+

16 Tlokotsi e nngwe e kgolo ke ena: Hantle feela ka moo a tlileng ka teng, o tla ikela a ntse a le jwalo. Molemo ke ofe wa ho sebetsa ka thata a sebeletsa lefeela?+ 17 Hape letsatsi le leng le le leng o jella lefifing, a tshwenyehile haholo, a kula a bile a halefile.+

18 Ke bone ho lokile ho bile ho le molemo hore motho a je a be a nwe. A thabele mosebetsi wohle wa hae o boima+ oo a o etsang ka thata lefatsheng nakong e kgutshwanyane ya bophelo ba hae boo Modimo wa nnete a mo fileng bona. Ke moputso* wa hae.+ 19 Hape ha Modimo wa nnete a fa motho maruo le matlotlo+ ha mmoho le bokgoni ba hore a a thabele, o lokela ho nka moputso* wa hae mme a thabele mosebetsi wa hae o boima. Ena ke mpho ya Modimo.+ 20 Etswe ke ka sewelo a tlang ho hlokomela* hore matsatsi a bophelo ba hae a a feta hobane Modimo wa nnete o mo phathahanya ka ho etsa hore pelo ya hae e thabe.+

6 Ho na le tlokotsi e nngwe eo ke e boneng lefatsheng* mme e tlwaelehile hara batho: 2 Modimo wa nnete o fa motho maruo, matlotlo le tlhompho e le hore a se ke a hloka letho la dintho tseo a di batlang.* Le ha ho le jwalo, Modimo wa nnete ha a mo dumelle hore a di thabele empa o dumella motho osele feela hore a di thabele. Hona ke lefeela mme ke bomadimabe bo boholo. 3 Haeba monna a ka ba le bana ba lekgolo, a phela dilemo tse ngata ho fihlela a tsofala empa a sa thabele dintho tsa hae tse molemo pele a shwa, ngwana ya hlahileng a kgathetse* o molemo ho mo feta.+ 4 Etswe ha ho na thuso ya hore ebe ngwana eo o hlahile. O shweletse lefifing mme lebitso la hae le kwahetswe ke lefifi. 5 Le hoja ho se mohla a kileng a bona letsatsi kapa a tseba ntho le ha e le efe, o ntse a le molemo* ho feta monna eo.+ 6 Thuso ya hore motho a phele dilemo tse dikete tse pedi empa a sa thaba ke efe? Etswe bohle ba ya sebakeng se le seng.+

7 Motho o etsa mosebetsi o boima e le hore a tlatse mpa ya hae+ empa ha ho mohla a kgotsofalang. 8 Etswe ke jwang motho ya bohlale a leng molemo ho feta motho ya se nang kelello?+ Kapa ho thusang hore ebe mofutsana o tseba mokgwa wa ho phela?* 9 Ho molemo hore motho a thabele seo mahlo a hae a se bonang ho feta hore a lakatse dintho tseo a ke keng a di fumana. Hoo le hona ke lefeela, ke ho lelekisa moya.

10 Eng kapa eng e teng e se e fuwe lebitso. Hape ho tsebahala hantle hore na motho keng. Motho ha a kgone ho pheha kgang le* motho ya matla ho mo feta. 11 Ha mantswe a le mangata, ha a na thuso.* A tlisetsa motho molemo ofe? 12 Ke mang ya tsebang hore na keng e molemo eo motho a ka e etsang bophelong ba hae? Bophelo ba hae bo se nang thuso bo tshwana le moriti mme bo tla fela.+ Etswe ke mang ya ka bolellang motho hore na ho tla etsahalang lefatsheng* ha a se a shwele?

7 Lebitso le letle le* molemo ho feta oli e ntle+ mme letsatsi la ho shwa le molemo ho feta letsatsi la ho tswalwa ha motho. 2 Ho molemo ho ya ntlong ya batho ba utlwileng bohloko ho feta ho ya ntlong ya mokete+ hobane lefu ke pheletso ya motho e mong le e mong mme ba phelang ba lokela ho nahanisisa ka taba ena. 3 Ho tshwenyeha ho molemo ho feta ho tsheha+ etswe ho hlonama ha sefahleho ho lokisa pelo.+ 4 Dipelo tsa ba bohlale di ntlong ya batho ba utlwileng bohloko empa dipelo tsa ba hlokang kelello di ntlong ya thabo.+

5 Ho molemo ho mamela kgalemelo e tswang ho motho ya bohlale+ ho feta ho mamela thoriso* ya batho ba se nang kelello. 6 Ditsheho tsa motho ya se nang kelello di tshwana le modumo o etswang ke meutlwa ha e tjha tlasa pitsa.+ Hoo le hona ke lefeela. 7 Kgatello e ka etsa hore motho ya bohlale a hlanye mme tjotjo e senya pelo.+

8 Qetello ya taba e molemo ho feta qalo ya yona. Ho molemo ho ba le mamello ho feta ho ikgohomosa.+ 9 O se ke wa potlakela* ho kgopeha+ etswe ho kgopeha ho dula difubeng tsa ba se nang kelello.*+

10 O se ke wa re: “Matsatsi a kgale a ne a le molemo ho feta ana.” Ha se bohlale hore o bue jwalo.+

11 Bohlale ha mmoho le lefa di molemo ebile di ruisa ba phelang.* 12 Etswe bohlale bo a sireletsa+ feela jwalo ka ha tjhelete e sireletsa+ empa bohlale bo boloka bophelo ba motho ya nang le bona. Ona ke molemo wa ho sebedisa tsebo hantle.+

13 Nahanisisa ka mosebetsi wa Modimo wa nnete etswe ke mang ya ka otlollang seo Modimo a se sothileng?+ 14 Ka letsatsi la thabo, o nyakalle.+ Empa letsatsing la tlokotsi o elellwe hore matsatsi ana ka bobedi a dumeletswe* ke Modimo+ e le hore batho ba se ke ba tseba hantle ntho efe kapa efe e tla ba hlahela ka moso.+

15 Bophelong ba ka bo se nang thuso,+ ke bone ntho e nngwe le e nngwe. Ke bone ya shwang le hoja a lokile,+ ka boela ka bona ya phelang halelele le hoja a le kgopo.+

16 O se ke wa iketsa ya lokileng ho feta tekano+ kapa wa iketsa ya bohlale ho tlola.+ Ke hobaneng ha o ka ipolaya ka ho etsa jwalo?+ 17 O se ke wa ba kgopo ho feta tekano kapa wa ba lewatla.+ Ke hobaneng ha o batla ho shwa o sa le monyenyane?+ 18 Ho molemo hore o mamele keletso ya pele* empa o sa tlohele ya bobedi*+ hobane ya hlomphang* Modimo o tla di mamela ka bobedi.

19 Bohlale bo etsa hore motho ya bohlale a be matla ho feta banna ba leshome ba matla motseng.+ 20 Etswe ha ho na motho ya lokileng lefatsheng ya dulang a etsa dintho tse nepahetseng, ho se mohla a etsang sebe.+

21 Hape o se ke wa nkela hloohong mantswe ohle ao batho ba a buang,+ ho seng jwalo o ka nna wa utlwa mohlanka wa hao a o bua hampe.* 22 Etswe o tseba hantle ka pelong ya hao hore le wena o buile ba bang hampe* ka makgetlo a mangata.+

23 Ke hlahlobile dintho tsena tsohle ka bohlale yaba ke re: “Ke tla hlalefa.” Empa bohlale bo ne bo mphahametse. 24 Ntho efe kapa efe e etsahetseng e re phahametse mme e tebile haholo. Ke mang ya ka e utlwisisang?+ 25 Ke ile ka etsa qeto ya ho phenya, ho tseba, ho batla bohlale le lebaka leo ka lona dintho di etsahalang le ho utlwisisa bokgopo ba batho ba se nang kelello le bothoto ba batho ba etsang dintho ka bohlanya.+ 26 Yaba ke fumana hona: Ho na le mosadi ya sehloho ho feta lefu. O tshwana le sefi,* pelo ya hae e tshwana le leraba* mme matsoho a hae a tshwana le diketane tsa teronko. Ya thabisang Modimo wa nnete o tla baleha mosadi eo+ empa moetsadibe o haptjwa ke yena.+

27 Mosuwe+ o re: “Bona, ke hlokometse sena ha ke ntse ke batlisisa ntho ka nngwe e le hore ke iketsetse qeto. 28 Empa ntho eo esale ke ntse ke e batla, ha ke a e fumana. Hara batho ba sekete ke fumane monna a le mong ya lokileng empa hara bona ha ke a fumana mosadi le ya mong feela ya lokileng. 29 Ke fumane ntho ena feela: Modimo wa nnete o entse batho ba lokile+ empa bona ba ipatletse ditsela tsa bona tse fosahetseng.”+

8 Ke mang ya tshwanang le motho ya bohlale? Ke mang ya tsebang hore na bothata bo rarollwa jwang?* Bohlale ba motho bo bonahala sefahlehong sa hae mme bo etsa hore sefahleho sa hae se boima se kganye kgotso.

2 Ke re: “Mamela ditaelo tsa morena+ hobane o entse kano ho Modimo.+ 3 O se ke wa potlakela ho tloha ka pela morena.+ O se ke wa emela letho le lebe+ ka ha a ka etsa ntho e nngwe le e nngwe eo a e batlang 4 hobane ha morena a buile le dumme+ mme ha ho motho ya ka reng ho yena, ‘O etsang?’”

5 Ya mamelang taelo a ke ke a etsahallwa ke letho le lebe+ mme motho ya bohlale o* tla tseba nako le tsela* e loketseng ya ho sebetsa ditaba.+ 6 Ho na le nako le tsela* e loketseng ya ho sebetsa taba e nngwe le e nngwe+ hobane mathata a batho a mangata haholo. 7 Ka ha ha ho ya tsebang se tla etsahala, ke mang ya ka bolelang hore na se tla etsahala jwang?

8 Feela jwalo ka ha ho se na motho ya nang le matla a ho laola moya,* ka ho tshwanang ha ho na motho ya nang le matla a ho laola letsatsi la ho shwa.+ Feela jwalo ka ha ho se na motho ya ka lokollwang ntweng le bokgopo bo ke ke ba dumella batho ba bo etsang hore ba phonyohe.*

9 Ke bone dintho tsena tsohle mme ka nahanisisa ka dintho tsohle tse entsweng lefatsheng.* Nakong eo yohle, motho o busitse motho ho mo ntsha kotsi.+ 10 Hape ke ile ka bona ha batho ba kgopo ba ntse ba patwa mabitleng a bona. Ba ne ba tlwaetse ho kena le ho tswa sebakeng se halalelang empa ba ile ba lebalwa kapele motseng oo ho wona ba neng ba etsa bokgopo.+ Hoo le hona ke lefeela.

11 Dipelo tsa batho di ikemisetsa ho etsa bobe le ho feta+ hobane dintho tse mpe tseo ba di entseng ha ba a di ahlolelwa ka potlako.+ 12 Le hoja moetsadibe a ka etsa bobe ka makgetlo a lekgolo mme a nna a phela nako e telele, ke a hlokomela hore ba hlomphang* Modimo wa nnete bona dintho di tla ba tsamaela hantle hobane ba mo hlompha.+ 13 Empa ya kgopo dintho di ke ke tsa mo tsamaela hantle+ ebile a ke ke a eketsa matsatsi a hae a tshwanang le moriti+ hobane ha a hlomphe Modimo.

14 Ho na le ntho e nngwe e se nang thuso* e etsahalang lefatsheng: Ho na le batho ba lokileng ba tshwarwang jwalo ka ha eka ba entse bokgopo+ mme ho na le batho ba kgopo ba tshwarwang jwalo ka ha eka ba entse dintho tse lokileng.+ Ke re hoo le hona ke lefeela.

15 Ka hoo, ke ile ka kgothaletsa batho ho thaba+ hobane lefatsheng* ha ho na letho le molemo bakeng sa motho ho feta hore a je, a nwe mme a thabe. O lokela ho etsa dintho tsena ha a ntse a sebetsa ka thata nakong ya matsatsi a bophelo ba hae+ boo Modimo wa nnete a mo fang bona lefatsheng.*

16 Ke ile ka sebedisa kelello* ya ka ho fumana bohlale le ho bona dintho tsohle tse* etsahalang lefatsheng,+ ke bile ke sa robale bosiu le motshehare.* 17 Yaba ke nahanisisa ka mosebetsi wohle wa Modimo wa nnete mme ka hlokomela hore batho ba ke ke ba utlwisisa dintho tse etsahalang lefatsheng.*+ Ho sa tsotellehe hore na ba leka ka matla hakae, ba ke ke ba di utlwisisa. Le haeba ba ka re ba bohlale mme ba di tseba kaofela, ho hang ba ke ke ba di utlwisisa.+

9 Ka hoo, ke ile ka tebisetsa dintho tsena tsohle pelong yaba ke etsa qeto ya hore ya lokileng le ya bohlale ba letsohong la Modimo wa nnete ha mmoho le mesebetsi ya bona.+ Batho ha ba tsebe lerato le lehloyo le bileng teng pele ba hlaha. 2 Ba lokileng le ba kgopo,+ ba molemo, ba hlwekileng le ba sa hlwekang, ba etsang sehlabelo le ba sa se etseng, kaofela ba hlahelwa ke ntho e tshwanang.+ Ya lokileng o tshwana le moetsadibe, ya etsang kano a sa nahane o tshwana le ya hlokolosi ha a etsa kano. 3 Ntho ena e etsahalang lefatsheng* e a nyahamisa: Dipelo tsa batho di tletse bobe hobane kaofela ba hlahelwa ke ntho e tshwanang.+ Hape dipelo tsa bona di tletse bohlanya ha ba sa ntse ba phela ebe ka mora moo ba a shwa.*

4 Ho na le tshepo bakeng sa motho ya phelang hobane ntja e phelang e molemo ho feta tau e shweleng.+ 5 Etswe ba phelang ba a tseba hore ba tla shwa.+ Empa ba shweleng ha ba tsebe letho ho hang+ hape ha ba sa na moputso hobane dintho tseo ba neng ba ka hopolwa ka tsona di lebetswe.+ 6 Lerato la bona, lehloyo la bona le poulelo ya bona di se di timetse mme ha ba sa tla hlola ba etsa eng kapa eng e lokelang ho etswa lefatsheng.*+

7 Eya, o je dijo tsa hao o nyakaletse mme o nwe veine ya hao ka pelo e thabileng+ hobane Modimo wa nnete o se a ntse a kgahliswa ke dintho tseo o di etsang.+ 8 E se eka ka mehla diaparo tsa hao di ka dula di le tshweu* mme o se ke wa lebala ho tlotsa hlooho ya hao ka oli.+ 9 Phela ha monate le mosadi wa hao eo o mo ratang+ ka matsatsi ohle a bophelo ba hao bo bokgutshwanyane* boo Modimo a o fileng bona lefatsheng,* o phele ha monate ka matsatsi a seng makae a bophelo ba hao. Eo ke yona kabelo ya hao bophelong le moputso bakeng sa mosebetsi wa hao o boima oo o o etsang ka thata lefatsheng.*+ 10 Eng kapa eng eo o kgonang ho e etsa,* o e etse ka matla a hao kaofela etswe ha ho mosebetsi, morero, tsebo kapa bohlale Lebitleng*+ moo o yang teng.

11 Ke hlokometse ntho e nngwe hape lefatsheng* hore ha se ka mehla ba lebelo ba hlolang peisong. Ha se ka mehla ba matla ba hlolang ntweng.+ Ha se ka mehla ba bohlale ba nang le dijo kapa maruo.+ Hape ha se ka mehla ba nang le tsebo ba atlehang+ hobane kaofela ba hlahelwa ke dintho ka tshohanyetso ka nako eo ba sa e lebellang. 12 Etswe motho ha a tsebe nako ya hae.+ Feela jwalo ka ha ditlhapi di tshwaswa ka letlowa* le dinonyana di tshwaswa ka sefi, batho le bona ba tshwaswa jwalo nakong eo tlokotsi e ba welang hodimo ka tshohanyetso.

13 Ke ile ka boela ka hlokomela bohlale bo tsotehang lefatsheng:* 14 Ho ne ho ena le motse o monyenyane o nang le banna ba seng bakae. Morena ya matla o ile a o futuhela mme a o dikadiketsa le ho haha marako a maholo ho o potapota. 15 Ho wona ho ne ho ena le monna ya futsanehileng empa a le bohlale. O ile a pholosa motse ka bohlale ba hae empa ha ho motho ya ileng a mo hopola.+ 16 Yaba ke re: ‘Bohlale bo molemo ho feta matla.+ Empa bohlale ba motho ya futsanehileng bo a nyefolwa le mantswe a hae ha a mamelwe.’+

17 Ho molemo ho mamela mantswe a bonolo a motho ya bohlale ho feta ho mamela mohoo wa motho ya busang dithoto.

18 Bohlale bo molemo ho feta dihlomo tsa ntwa empa moetsadibe a le mong feela a ka senya dintho tse ngata tse ntle.+

10 Feela jwalo ka ha dintsintsi tse shweleng di etsa hore oli e nkgang ha monate e senyehe e be e nkge hampe, bothoto bo bonyenyane le bona bo senya lebitso la motho ya bohlale le ya hlomphuwang.+

2 Pelo ya motho ya bohlale e mo lebisa tseleng e nepahetseng* empa pelo ya motho ya se nang kelello e mo lebisa tseleng e fosahetseng.*+ 3 Ho sa tsotellehe hore na motho ya se nang kelello o nka tsela efe, ho a hlaka hore ha a na kelello*+ mme o bolella motho e mong le e mong hore ke sethoto.+

4 Haeba mmusi a ka o halefela, o se ke wa tloha moo o leng teng+ hobane ha o le bonolo o kokobetsa dibe tse kgolo.+

5 Ho na le ntho e nngwe e bohloko eo ke e boneng lefatsheng* e leng phoso e etswang ke babusi:+ 6 Mawatla a behwa maemong a phahameng empa batho ba nang le boiphihlelo* ba dula ba le maemong a tlase.

7 Ke bone bahlanka ba palame dipere empa dikgosana di tsamaya ka maoto jwalo ka ha eka ke bahlanka.+

8 Motho ya tjhekang sekoti a ka wela ka ho sona+ mme ya phunyang lerako la majwe a ka longwa ke noha.

9 Motho ya tjhekang majwe a ka ntshwa kotsi ke ona. Motho ya rathang patsi a ka nna a tswa kotsi.*

10 Haeba sesebediswa sa tshepe se se bohale mme motho a sa se leotse, o tla lokela ho sebedisa matla a mangata. Empa bohlale bo tla mo thusa hore a atlehe.

11 Haeba motho a longwa ke noha pele a e tsherehanya, ha ho na thuso ya hore ebe o kgona ho tsherehanya dinoha.*

12 Mantswe a tswang molomong wa motho ya bohlale a monate+ empa molomo wa motho ya hlokang kelello o mo tlisetsa mathata.+ 13 Mantswe a pele a tswang molomong wa hae ke bowatla+ mme mantswe a hae a ho qetela ke bohlanya bo bakang tlokotsi. 14 Empa sethoto se tswela pele ho bua.+

Motho ha a tsebe dintho tse tla etsahala. Ke mang ya ka mo bolellang hore na ho tla etsahalang ha a se a le siyo?+

15 Mosebetsi o boima wa motho ya se nang kelello o etsa hore a kgathale. Ha a tsebe le hore na a tswe le hokae ha a ya motseng.

16 Ke ntho e mpe haholo bakeng sa naha ha morena e le moshanyana+ le dikgosana di qala ho keteka e sa le hoseng. 17 Ke ntho e monate bakeng sa naha ha morena e le mora wa bahlomphehi le dikgosana di ja ka nako e loketseng e le hore di fumane matla eseng hore di tahwe.+

18 Ha motho a le botswa haholo, marulelo a tla wa mme ka lebaka la ho se sebedise matsoho a hae ntlo e tla nela.+

19 Dijo di etseditswe ho re thabisa,* veine e natefisa bophelo+ empa tjhelete e ka etsa hore o be le ntho e nngwe le e nngwe eo o e hlokang.+

20 O se ke wa rohaka morena esita le ka pelong ya hao*+ mme o se ke wa rohaka barui ka kamoreng ya hao etswe nonyana* e ka fetisa molaetsa* oo kapa phoofolo e nang le mapheo ya pheta seo o se buileng.

11 Lahlela bohobe ba hao ka metsing+ ka ha ka mora matsatsi a mangata o tla boela o bo fumane.+ 2 Fana ka karolo ya dintho tsa hao ho batho ba supileng kapa ba robedi+ etswe ha o tsebe hore na ho tla hlaha tlokotsi efe lefatsheng.

3 Haeba maru a tletse metsi, a tla tshollela pula lefatsheng mme haeba sefate se wela ka borwa kapa ka leboya, se tla dula sebakeng seo se welang ho sona.

4 Motho ya shebellang moya a ke ke a jala peo, le motho ya shebang maru a ke ke a kotula.+

5 Feela jwalo ka ha o sa tsebe tsela eo moya o sebetsang ka yona masapong a ngwana ya ka mpeng* ya moimana,+ ka mokgwa o tshwanang ha o tsebe mosebetsi wa Modimo wa nnete, ya etsang dintho tsohle.+

6 Jala peo ya hao hoseng mme o se ke wa dumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shwalane+ etswe ha o tsebe hore na ke efe e tla atleha ebang ke ena kapa yane kapa hore na ka bobedi di tla atleha.

7 Lesedi le monate mme ho hotle hore mahlo a bone letsatsi. 8 Haeba motho a ka phela dilemo tse ngata, a di thabele kaofela.+ Empa a hopole hore matsatsi a lefifi a ka ba mangata. Matsatsi ohle a lefifi a tlang ke lefeela.+

9 Motjha, o thabe ha o sa le motjha mme pelo ya hao e thabe matsatsing a botjha ba hao. O latele thato ya pelo ya hao mme o ye moo mahlo a hao a o lebisang teng. Empa tseba hore Modimo wa nnete o tla o ahlola* ka lebaka la dintho tsena tsohle.+ 10 Ka hoo, tlosa dikgathatso pelong ya hao mme o qobe dintho tse kotsi mmeleng wa* hao etswe mahlahahlaha a botjha ke lefeela.+

12 O hopole Mmopi wa hao e Moholo o sa le motjha,+ pele matsatsi a mahlomola*+ a tla kapa ho fihla dilemo tseo o tla re: “Ha ke di thabele.” 2 Pele letsatsi, lesedi, kgwedi le dinaledi di fifala+ mme maru a kgutla ka mora hore ho ne* pula ya ditlwebelele. 3 Pele letsatsi le fihla leo ka lona balebedi* ba ntlo ba thothomelang, pele banna ba matla ba fokollwa ke matla le basadi ba kgaotsa ho sila hobane ba fokotsehile le pele bafumahadi ba bona ho le lefifi ha ba nyarela ka difensetere.+ 4 Pele menyako e seterateng e kwalwa, modumo wa lelwala o fokotseha, pele motho a tsoha ha a utlwa modumo wa nonyana le dibini tsohle tsa basadi di sa utlwahale hantle.+ 5 Pele motho a tshaba moo ho phahameng mme a tshaba hore ho kotsi seterateng. Pele sefate sa almonde se thunya,+ lerutle le ikgulanya le monokotshwai o phatloha hobane motho a ya ntlong eo a tla phomola nako e telele ho yona+ mme ba utlwileng bohloko ba itsamaela seterateng.+ 6 Pele thapo ya silevera e tloswa, sekotlolo sa kgauta se silakanngwa, pele nkgo e sedibeng e pshatleha le lebidi la sediba le silakanngwa. 7 Ebe lerole le kgutlela mobung+ moo le tswang teng le matla a bophelo* a kgutlela ho Modimo wa nnete ya faneng ka ona.+

8 Mosuwe o re: “Lefeela la mafeela!+ Ntho e nngwe le e nngwe ke lefeela.”+

9 Mosuwe o ne a le bohlale hape a dula a ruta batho dintho tseo a di tsebang.+ O ne a nahanisisa le ho hlahlobisisa e le hore a bokelle maele a mangata.*+ 10 Mosuwe o ile a batlisisa mantswe a monate+ a ba a ngola mantswe a nnete a nepahetseng.

11 Mantswe a ba bohlale a tshwana le ditsenene tsa dikgomo+ le maele a bona a tshwana le dipekere tse kokotetsweng ka thata mme a tswa ho modisa a le mong. 12 Mabapi le ntho le ha e le efe ntle le tsena, mora wa ka, hlokomela: Batho ba tla dula ba ntse ba ngola dibuka tse ngata mme ho di bala haholo ho tepeletsa mmele.+

13 Ha ntho e nngwe le e nngwe e se e utlwilwe, qetello ya taba ke ena: Hlompha* Modimo wa nnete+ mme o mamele ditaelo tsa hae+ etswe ke yona ntho eo motho a lokelang ho e etsa.+ 14 Etswe Modimo wa nnete o tla ahlola batho ka diketso tsohle tsa bona esita le dintho tsohle tse patilweng mme a etse qeto ya hore na di ntle kapa di mpe.+

Ka Seheberu: “ya bokellang batho.”

Kapa: “ha ena thuso.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Ka Seheberu: “le eme.”

Kapa: “Melapo.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Kapa: “batla ka bohlale.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Kapa: “nyakalla.”

Kapa: “monyaka.”

Ka Seheberu: “tlasa mahodimo.”

Ka Seheberu: “bara ba ntlo.”

Kapa: “a fumanehang feela ho.”

Ka Seheberu: “leo mahlo a ka a neng a le lakatsa.”

Kapa: “nyakallisang.”

Kapa: “kabelo ya ka.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Ka Seheberu: “o na le mahlo hloohong.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Kapa: “ho fana ka ntho e nngwe le e nngwe ya hae.”

Ka Seheberu: “boiteko ba pelo ya hae.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Kapa: “fumane ditholwana tsa.”

Ka Seheberu: “tlasa mahodimo.”

Ka Seheberu: “ho tlolatlola.”

Kapa: “e loketse; e hlophehile hantle.”

Kapa: “fumana ditholwana tsa.”

Kapa mohlomong: “e seng e fetile.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Kapa: “kabelo ya.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Ka Seheberu: “mme o ja dinama tsa hae.”

Ka Seheberu: “Phomolo e tletseng letsoho e.”

Ka Seheberu: “ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabedi.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Ka Seheberu: “mahlo a hae a.”

Kapa: “kapele.”

Mohlomong ho buuwa ka ngwana ya bohlale.

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Kapa: “tshwenyehang.”

Ka Seheberu: “ho etsa hore nama ya hao e etse sebe.”

Kapa: “moromuwa.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Kapa: “mosebetsi o.”

Kapa: “kabelo.”

Kapa: “kabelo.”

Kapa: “hopola.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Kapa: “tseo moya wa hae o di batlang.”

Kapa: “a sa phele.”

Ka Seheberu: “o ba le phomolo.”

Ka Seheberu: “o tseba ho tsamaya ka pela ba phelang.”

Kapa: “ho buella nyewe ya hae ho.”

Kapa mohlomong: “Ha dintho di le ngata, ha di na thuso.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Kapa: “Botumo bo botle bo.” Ka Seheberu: “Lebitso.”

Ka Seheberu: “pina.”

Ka Seheberu: “wa potlaka moyeng wa hao.”

Kapa mohlomong: “ke letshwao la ba se nang kelello.”

Ka Seheberu: “ba bonang letsatsi.”

Kapa: “entswe.”

E hlahang temaneng ya 16.

E hlahang temaneng ya 17.

Kapa: “ya tshabang.”

Ka Seheberu: “a o rohaka.”

Ka Seheberu: “o rohakile ba bang.”

Kapa: “letlowa la ho tsoma.”

Kapa: “matlowa a hulwang.”

Kapa: “ya tsebang tlhaloso ya taba?”

Kapa: “pelo ya motho ya bohlale e.”

Kapa: “qeto.”

Kapa: “qeto.”

Kapa: “phefumoloho.”

Kapa mohlomong: “bokgopo ba bona bo ke ke ba pholosa batho ba kgopo.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Kapa: “ba tshabang.”

Kapa: “e halefisang.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Kapa: “pelo.”

Kapa: “bona mosebetsi wohle o.”

Kapa mohlomong: “hore batho ha ba robale, ebang ke motshehare kapa ke bosiu.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Ka Seheberu: “ka mora moo, ba ya ho ba shweleng.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

E leng diaparo tse bontshang hore motho o thabile, eseng tse bontshang hore o utlwile bohloko.

Kapa: “bo se nang thuso.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Ka Seheberu: “eo letsoho la hao le kgonang ho e etsa.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Ke nete e tshwasang ditlhapi.

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Ka Seheberu: “e ka letsohong la hae le letona.”

Ka Seheberu: “e ka letsohong la hae le letshehadi.”

Ka Seheberu: “hore pelo ya hae ya haellwa.”

Ka Seheberu: “tlasa letsatsi.”

Kapa: “batho ba ruileng.”

Kapa mohlomong: “a be hlokolosi.”

Ka Seheberu: “ho laola leleme.”

Kapa: “Bohobe bo etseditswe hore re tshehe.”

Kapa mohlomong: “le ha o le betheng ya hao.”

Ka Seheberu: “sebopuwa se fofang sa mahodimo.”

Kapa: “modumo.”

Ka Seheberu: “masapong ka popelong.”

Kapa: “o tla o bitsa hore o ikarabelle.”

Ka Seheberu: “nameng ya.”

Kapa: “tlokotsi.”

Kapa mohlomong: “a kgutla le.”

Kapa: “bahlokomedi.”

Kapa: “moya.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “a hlophise maele a mangata ka tatellano.”

Kapa: “Tshaba.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share