LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w23 November maq. 20-25
  • Na Jehova o Tla Araba Dithapelo Tsa Ka?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na Jehova o Tla Araba Dithapelo Tsa Ka?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • JEHOVA O TLA ETSANG?
  • JEHOVA O BATLA HORE RE ETSENG?
  • KE HOBANENG HA RE KA LOKELA HO RAPELLA DINTHO TSE DING?
  • Jehova o Araba Dithapelo Tsa Rona Jwang?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Ke Hobaneng ha Modimo a sa Arabele Dithapelo Tsohle?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • O ka Ntlafatsa Dithapelo Tsa Hao Jwang?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Bibele e re Rutang ka Thapelo?
    Bibele e re Rutang?
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
w23 November maq. 20-25

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 49

Na Jehova o Tla Araba Dithapelo Tsa Ka?

“Le tla mpitsa le nthapele mme ke tla le mamela.”—JER. 29:12.

PINA YA 41 Ka Kopo, Utlwa Thapelo ya Ka

SEO RE TLO ITHUTA SONAa

1, 2. Ke hobaneng ha re ka nna ra utlwa eka Jehova ha a arabe dithapelo tsa rona?

“JEHOVA o tla etsa hore o thabe haholo, o tla o fa dintho tseo pelo ya hao e di batlang.” (Pes. 37:4) Eo ke tshepiso e thabisang haholo. Empa na re lokela ho nahana hore Jehova o tla re fa ntho e nngwe le e nngwe eo re mo kopang yona hanghang? Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho ipotsa potso eo? Nahana ka mehlala e latelang. Moradi wa bo rona ya sa nyalwang o rapella hore a mengwe Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso. Empa ho feta dilemo tse ngata a eso mengwe. Morabo rona e motjha o kula haholo mme o kopa Jehova hore a mo fodise e le hore a ka etsa dintho tse ding ka phuthehong empa ha a fole. Batswadi ba Bakreste ba rapella hore ngwana wa bona a dule a sebeletsa Jehova empa ngwana wa bona o kgetha ho tlohela ho sebeletsa Jehova.

2 Mohlomong le wena ho na le ntho eo o kileng wa e kopa Jehova empa ha o eso e fumane. O ka nna wa nahana hore Jehova o araba dithapelo tsa batho ba bang empa tsa hao ha a di arabe. Kapa o ka nna wa nahana hore ho na le ntho e fosahetseng eo o e entseng. Moradi wa bo rona Janiceb o ile a ikutlwa ka tsela eo. Yena le monna wa hae ba ne ba batla ho ya Bethele mme ba ile ba rapela Jehova ka taba eo. O re: “Ke ne ke kgodisehile hore re tla ya Bethele ka mora nako e seng kae.” Empa ho ile ha feta dilemo tse ngata ba eso mengwe hore ba ye Bethele. Moradi wa bo rona Janice o boetse o re: “Ke ne ke utlwile bohloko ebile ke ferekane. Ke ne ke ipotsa hore na ke eng eo ke e entseng e utlwisitseng Jehova bohloko. Ke ile ka rapela haholo ka taba ena ya ho ya Bethele empa ke ne ke ipotsa hore na ke hobaneng ha Jehova a sa araba thapelo ya ka.”

3. Re tlo bua kang sehloohong see?

3 Ka dinako tse ding re ka nna ra ipotsa hore na ebe Jehova o araba dithapelo tsa rona. Bahlanka ba tshepahalang ba Jehova ba nakong e fetileng ba ne ba ena le ho ipotsa potso e tshwanang. (Jobo 30:20; Pes. 22:2; Hab. 1:2) Ke eng e ka o kgodisang hore Jehova o tla araba dithapelo tsa hao? (Pes. 65:2) E le hore o fumane karabo ya potso ena, re tla qala ka ho araba dipotso tse latelang: (1) Jehova o tla etsang? (2) Jehova o batla hore re etseng? (3) Ke hobaneng ha re ka lokela ho rapella dintho tse ding?

JEHOVA O TLA ETSANG?

4. Ho ya ka Jeremia 29:​12, Jehova o tshepisa ho etsang?

4 Jehova o tshepisa hore o tla mamela dithapelo tsa rona. (Bala Jeremia 29:12.) Modimo wa rona o a re rata hobane re mo sebeletsa ka botshepehi. Ka hoo, o tla dula a mamela dithapelo tsa rona. (Pes. 10:17; 37:28) Le ha ho le jwalo, sena ha se bolele hore o tla re fa ntho e nngwe le e nngwe eo re e kopang. Re ka nna ra tlameha ho emela lefatshe le letjha pele re ka fumana tse ding tsa dintho tseo re mo kopileng tsona.

5. Hlalosa hore na Jehova o nahana ka eng ha a mamela dithapelo tsa rona.

5 Jehova o dula a nahana ka morero wa hae ha a mamela dithapelo tsa rona. (Esa. 55:​8, 9) Morero wa hae o akareletsa hore batho bohle ba mo mamele le hore ba thabele ho buswa ke yena. Empa Satane o re batho ba ka thaba ha ba ipusa. (Gen. 3:​1-5) Jehova o dumeletse hore batho ba ipuse e le ho bontsha hore ntho eo Diabolose a e buileng ke leshano. Ho ena le hoo, taba ya hore batho ba a ipusa e entse hore ho be le mathata a mangata lefatsheng. (Moek. 8:9) Re a tseba hore Jehova a ke ke a fedisa mathata ohle ao batho ba nang le ona hona jwale. Haeba a ne a ka a fedisa, batho ba bang ba ne ba ka nahana hore batho ba ka kgona ho ipusa hobane ba kgona ho fedisa mathata ao ba nang le ona.

6. Ke hobaneng ha re lokela ho kgodiseha hore Jehova o dula a etsa dintho ka tsela e bontshang hore o a re rata le hore o na le toka?

6 Jehova a ka araba dithapelo tse tshwanang ka ditsela tse fapaneng. Ka mohlala, Morena Ezekiase o ne a kula haholo mme o ile a rapela Jehova a mo kopa hore a fole. Jehova o ile a mo fodisa. (2 Mar. 20:​1-6) Ha moapostola Pauluse a ne a kopa Jehova hore a tlose “moutlwa nameng” ya hae, oo ho ka etsahalang hore e ne e le bolwetse boo a neng a ena le bona, Jehova ha a ka a mo fodisa. (2 Bakor. 12:​7-9) Hape, nahana ka moapostola Jakobo le moapostola Petrose. Morena Heroda o ne a batla ho ba bolaya. Phutheho e ile ya rapella Petrose mme ho ka etsahala hore e ile ya rapella le Jakobo. Le ha ho le jwalo, Jakobo o ile a bolawa mme Petrose o ile a pholoswa ke lengeloi ka mohlolo. (Dik. 12:​1-11) Re ka nna ra ipotsa hore na ke hobaneng ha Jehova a ile a pholosa Petrose feela eseng le Jakobo. Bibele ha e fane ka lebaka.c Empa ntho eo re ka kgodisehang ka yona ke hore Jehova ha a “leeme.” (Deut. 32:4) Re a tseba hore Jehova o ne a rata Petrose le Jakobo ka bobedi. (Tshen. 21:14) Ka dinako tse ding, Jehova a ka araba dithapelo tsa rona ka tsela eo re neng re sa e lebella. Ha re belaelle tsela eo Jehova a kgethang ho araba dithapelo tsa rona ka yona hobane re a tseba hore o dula a etsa dintho ka tsela e bontshang hore o a re rata le hore o na le toka.—Jobo 33:13.

7. Re lokela ho qoba ho etsang, hona hobaneng?

7 Re qoba ho bapisa maemo a rona le a batho ba bang. Ka mohlala, re ka nna ra kopa Jehova hore a re thuse ka ntho e itseng ebe ha a arabe thapelo ya rona ka tsela eo re neng re e batla. Ha morao re ka utlwa hore motho e mong o kopile ntho e tshwanang mme ho bonahala Jehova a arabile thapelo ya hae. Moradi wa bo rona Anna o ile a etsahallwa ke ntho e tshwanang. Monna wa hae Matthew o ne a ena le kankere mme moradi wa bo rona o ile a rapella hore a fole. Baradi ba bo rona ba babedi ba hodileng le bona ba ne ba ena le kankere. Moradi wa bo rona Anna o ile a rapella monna wa hae Matthew le baradi bao ba bo rona haholo. Baradi bao ba bo rona ba ile ba fola empa Matthew o ile a hlokahala. Qalong Moradi wa bo rona Anna o ne a ipotsa hore na ebe baradi ba bo rona ba ile ba fola hobane Jehova a ile a ba thusa hore ba fole. Haeba ho jwalo, ke hobaneng ha a sa araba dithapelo tsa hae tsa hore monna wa hae a fole? Ha re tsebe hore na ke hobaneng ha baradi bao ba bo rona ba ile ba fola empa re a tseba hore Jehova o tlo fedisa dintho tsohle tse re utlwisang bohloko ebile o batla ho tsosa metswalle ya hae e hlokahetseng.—Jobo 14:15.

8. (a) Ho ya ka Esaia 43:​2, Jehova o re thusa jwang? (b) Ho rapela ho ka re thusa jwang ha re ena le mathata a boima? (Sheba video ya Thapelo e re Thusa Hore re Mamelle.)

8 Jehova o tla dula a re thusa. Ka ha Jehova ke Ntate wa rona ya lerato, ha a batle ho bona re utlwa bohloko. (Esa. 63:9) Le ha ho le jwalo, ha a thibele hore re se ke ra hlahelwa ke mathata ohle a tshwanang le dinoka kapa malakabe. (Bala Esaia 43:2.) Empa o re tshepisa hore o tla re thusa hore re fete mathateng ao. Hape a ke ke a dumella hore mathata a re hlahelang a etse hore re se ke ra kgona ho mo sebeletsa. Jehova o boetse o re fa moya wa hae o halalelang ho re thusa hore re mamelle. (Luka 11:13; Bafil. 4:13) Ka hoo, re ka kgodiseha hore o tla dula a re fa dintho tseo re di hlokang e le hore re mamelle le hore re dule re mo tshepahalla.d   

JEHOVA O BATLA HORE RE ETSENG?

9. Ho ya ka Jakobo 1:​6, 7, ke hobaneng ha re lokela ho tshepa hore Jehova o tla re thusa?

9 Jehova o batla hore re mo tshepe. (Baheb. 11:6) Ka dinako tse ding, re ka bona eka mathata a re hlwele setha. Re ka nna ra belaella le hore Jehova o tla re thusa. Empa Bibele e a re tiisetsa hore Modimo a ka re fa matla a hore re kgone ho “tlola lerako.” (Pes. 18:29) Ka hoo, ho ena le hore re be le dipelaelo re lokela ho rapela Jehova mme re tshepe hore o tla araba dithapelo tsa rona.—Bala Jakobo 1:​6, 7.

10. Fana ka mohlala wa hore na re lokela ho etsang ka mora hore re kope Jehova hore a re thuse.

10 Jehova o batla hore re etse dintho tse dumellanang le dithapelo tsa rona. Ka mohlala, morabo rona a ka kopa hore Jehova a mo thuse hore a se ke a theohela ka letsatsi le itseng e le hore a ka kgona ho ya kopanong. Jehova a ka araba thapelo ya hae jwang? A ka nna a fa morabo rona eo sebete e le hore a bue le mohiri wa hae. Le ha ho le jwalo, morabo rona o ntse a hloka ho bua le mohiri wa hae mme a ka hloka ho bua le yena ka makgetlo a mmalwa. A ka boela a kopa hore a sebetse ka nako e nngwe mme haeba ho hlokahala, a ka kopa hore a se ke a patallwa letsatsi leo a sa theohelang ka lona.

11. Ke hobaneng ha re lokela ho rapella dintho tse re tshwenyang ka makgetlo a mangata?

11 Jehova o batla hore re dule re mo bolella dintho tse re tshwenyang. (1 Bathes. 5:17) Jesu o ile a bontsha hore dintho tse ding tseo re di rapellang re ke ke ra di fumana hanghang. (Luka 11:9) Ka hoo, o se ke wa kgaotsa ho rapela. Rapela ka tiyo mme o rapele ka makgetlo a mangata. (Luka 18:​1-7) Ha re tswela pele re rapella ntho e itseng, re bontsha Jehova hore ntho eo re e rapellang ke ya bohlokwa ho rona. Hape re bontsha hore re na le tumelo ya hore o tla re thusa.

KE HOBANENG HA RE KA LOKELA HO RAPELLA DINTHO TSE DING?

12. (a) Re lokela ho ipotsa potso efe ha re rapela Jehova, hona hobaneng? (b) Re ka etsang e le hore dithapelo tsa rona di bontshe hore re hlompha Jehova? (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng “Na Dithapelo Tsa ka di Bontsha Hore ke Hlompha Jehova?”)

12 Haeba dithapelo tsa rona di sa arajwe ka tsela eo re neng re e batla, re ka nna ra ipotsa dipotso tsena tse tharo. Ya pele: ‘Na ke rapella ntho e nepahetseng?’ Hangata re nahana hore re a tseba hore na ke eng e re loketseng. Empa dintho tseo re di kopang di ka nna tsa se ke tsa re tswela molemo ha nako e ntse eya. Haeba ho na le bothata boo re bo rapellang, ho ka nna ha eba le tsela e molemo ya ho rarolla bothata boo ho feta eo re neng re e batla. Hape e ka nna yaba dintho tse ding tseo re di kopang ha di dumellane le thato ya Jehova. (1 Joh. 5:14) Ka mohlala, nahana ka batswadi bao re buileng ka bona qalong. Ba ile ba kopa Jehova hore a ba thuse hore ngwana wa bona a dule a mo sebeletsa. Ho ne ho bonahala eka ba kopa ntho e nepahetseng. Le ha ho le jwalo, Jehova a ke ke a re qobella hore re mo sebeletse. O batla hore kaofela ha rona ho akareletsa le bana, re ikgethele ho mo sebeletsa. (Deut. 10:​12, 13; 30:​19, 20) Ka hoo, batswadi ba ka kopa Jehova hore a ba thuse hore ba rute ngwana wa bona hore a rate Jehova le hore e be motswalle wa hae.—Diprov. 22:6; Baef. 6:4.

Na Dithapelo Tsa ka di Bontsha Hore ke Hlompha Jehova?

Jehova ke Ntate ya lerato mme o batla ho araba dikopo tsa rona. Empa ke Mmopi wa rona mme re lokela ho mo hlompha. (Tshen. 4:11) O ka bontsha jwang hore o hlompha Ntate wa hao ya lehodimong ha o kopa dintho ho yena?

  • Etsa bonnete ba hore dintho tseo o di kopang di dumellana le thato ya Modimo le hore ha o di kope ka morero o fosahetseng. (1 Joh. 5:14) Ha re a lokela hore re bontshe boithati ka hore re rapelle dintho tseo re di hlokang feela kapa tseo re di batlang. Jakobo o ile a lemosa Bakrestemmoho le yena hore dithapelo tsa bona di ke ke tsa arajwa haeba ba di etsa ka “morero o fosahetseng” e leng ka mabaka a boithati.—Jak. 4:3.

  • O se ke wa lebella hore Jehova a arabe dithapelo tsa hao ka tsela e batlwang ke wena. (Mat. 4:7) Tshepa hore Jehova o tseba tsela e molemo ya ho araba dithapelo tsa hao. Ka dinako tse ding a ka o araba ka tsela eo o neng o sa e lebella.—Baef. 3:20.

  • Hopola ho mo leboha ka dintho tseo a o fang tsona letsatsi le letsatsi. Nahana feela hore na o thaba jwang ha o mo bolella hore o ananela ka moo a o thusang ka teng.—Bakol. 3:15; 1 Bathes. 5:​17, 18.

13. Ho ya ka Baheberu 4:​16, hlalosa hore na Jehova o tla re thusa neng.

13 Potso ya bobedi eo re ka ipotsang yona ke e reng: ‘Na ke nako e loketseng ya hore Jehova a arabe kopo ya ka?’ Re ka nna ra ikutlwa re hloka hore dithapelo tsa rona di arajwe hanghang. Empa Jehova o a tseba hore ke nako efe e nepahetseng ya hore a re thuse. (Bala Baheberu 4:16.) Haeba re sa fumane ntho eo re e kopang hanghang, re ka nna ra nahana hore karabo ya Jehova ke ‘Tjhe.’ Empa karabo ya Jehova e ka boela ya bolela hore ‘Ha eso be nako e nepahetseng ya hore a re etsetse ntho eo re e kopileng.’ Ka mohlala, nahana ka morabo rona e motjha ya ileng a rapella hore Jehova a mo fodise. Haeba Jehova a ne a ka mo fodisa ka mohlolo, Satane o ne a ka re morabo rona eo o sebeletsa Jehova hobane a mo fodisitse. (Jobo 1:​9-11; 2:4) Hape Jehova o se a ntse a behile nako eo ka yona a tla fodisa malwetse ohle. (Esa. 33:24; Tshen. 21:​3, 4) Ka hoo, ho fihlela nako eo e fihla, re ke ke ra lebella hore Jehova a re fodise ka mohlolo. Morabo rona o ne a ka nna a kopa Jehova hore a mo fe matla le kgotso ya kelello hore a kgone ho mamella ho kula le hore a tswele pele ho mo sebeletsa ka botshepehi.—Pes. 29:11.

14. O ithutang mohlaleng wa Moradi wa bo rona Janice?

14 A re bueng ka Moradi wa bo rona Janice, ya ileng a rapella ho sebeletsa Bethele. Ka mora dilemo tse hlano o ile a utlwisisa hore Jehova o ile a araba thapelo ya hae empa ka tsela eo a neng a sa e lebella. O re: “Jehova o ile a sebedisa nako eo ho nthuta dintho tse ngata le ho nthusa hore ke be Mokreste ya molemo. Ke ne ke hloka ho mo tshepa haholwanyane. Ke ne ke lokela ho ntlafatsa tsela eo ke ithutang Bibele ka yona. Hape ke ne ke lokela ho ithuta hore ke thabe ho sa tsotellehe hore na ke sebeletsa Jehova ka tsela efe.” Ha morao Moradi wa bo rona Janice le monna wa hae ba ile ba mengwa hore ba etse mosebetsi wa potoloho. Ha Moradi wa bo rona Janice a nahana ka dilemo tse fetileng, o re: “Ha e le hantle Jehova o ile a araba dithapelo tsa ka, le hoja a sa ka a di araba ka tsela eo ke neng ke e lebeletse. Ke ile ka nka nako ho hlokomela hore o nkarabile ka tsela e molemo. Empa ke ananela hore ebe ke ile ka ba le monyetla wa ho bona ka moo a nthatang ka teng le ka moo a leng mosa ka teng.”

Ditshwantsho: 1. Baradi ba bo rona ba babedi ba tlatsa foromo ya ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso. Ba a rapela pele ba di tsamaisa. 2. Moradi wa bo rona e mong o bontsha metswalle ya hae lengolo le mo memelang sekolong ho akareletsa le moradi wa bo rona e mong ya neng a tlatsitse foromo. 3. Moradi wa bo rona ya sa kang a mengwa sekolong o rapela Jehova mme o ngola lengolo. Ha morao o etsa mosebetsi wa boboledi naheng e nngwe hape o sebetsa projekeng ya kaho.

Haeba o bona eka Jehova ha a eso arabe thapelo ya hao, leka ho rapella dintho tse ding (Sheba serapa sa 15)f

15. Ke hobaneng ha ka dinako tse ding ho ka ba molemo hore re se ke ra rapella dintho tse tobileng? (Sheba ditshwantsho.)

15 Potso ya boraro e ka ba e reng: ‘Na nka rapella ntho e nngwe?’ Le hoja ho se phoso ho rapella dintho tse itseng ka ho toba empa ka dinako tse ding ho ka ba molemo hore re se ke ra rapella dintho tse tobileng e le hore re bone hore na Jehova o re batlelang. Nahana ka mohlala wa moradi wa bo rona ya sa nyalwang eo esale a ntse a rapella ho mengwa Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso. O batla ho ya sekolong sena e le hore a ka ya moo ho se nang bahweletsi ba bangata. Ha a ntse a rapella ho mengwa sekolong sena, a ka rapella hore Jehova a mo thuse ho fumana ditsela tse ding tsa ho mo sebeletsa ka ho eketsehileng. (Dik. 16:​9, 10) Ka mora moo a ka botsa molebedi wa potoloho hore na ho na le phutheho e haufinyane e hlokang bopulamadiboho ba eketsehileng. Kapa a ngolla ofisi ya lekala, a botsa hore na ho na le moo ho hlokehang baboledi ba Mmuso ba eketsehileng.e

16. Re ka kgodiseha ka eng?

16 Re ithutile hore re ka kgodiseha hore Jehova o tla araba dithapelo tsa rona ka tsela e lerato le e nang le toka. (Pes. 4:3; Esa. 30:18) Ka dinako tse ding a ka nna a araba dithapelo tsa rona ka tsela eo re sa e lebellang. Empa Jehova o tla dula a mamela dithapelo tsa rona. O re rata haholo ebile a ke ke a re lahla. (Pes. 9:10) Ka hoo, dula o ‘mo tshepa ka dinako tsohle’ mme o mo bolelle dintho tsohle tse ka pelong ya hao.—Pes. 62:8.

O KA RENG?

  • Jehova o tla etsang?

  • Jehova o batla hore re etseng?

  • Ke hobaneng ha re ka rapella dintho tse ding?

PINA YA 43 Thapelo ya Teboho

a Sehlooho sena se tla fana ka mabaka a hore na ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Jehova o tla dula a araba dithapelo tsa rona ka tsela e bontshang hore o a re rata le hore o na le toka.

b Mabitso a mang a fetotswe.

c Sheba sehlooho se reng “Na o Kgodisehile Hore Tsela eo Jehova a Etsang Dintho ka Yona e Nepahetse?” ho Tora ya ho Lebela ya February 2022, ser. 3-6.

d E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng ka hore na Jehova o re thusa jwang hore re mamelle mathata a boima, shebella video ya Thapelo e re Thusa Hore re Mamelle ho jw.org/st-za.

e Sheba buka ya Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova kgaolong ya 10, ser. 6-9, e le hore o bone hore na o ka etsang haeba o batla ho sebetsa tshimo ya lekala le leng.

f TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Baradi ba bo rona ba babedi ba rapela pele ba kenya kopo ya ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso. Ha morao, e mong o mengwa hore a ye sekolong seo empa e mong ha a mengwe. Ho ena le hore moradi wa bo rona ya sa fumanang memo a nyahame, o rapela Jehova hore a mo thuse hore a batle menyetla e meng eo ka yona a ka eketsang tshebeletso ya hae. O ngolla ofisi ya lekala lengolo la hore o batla ho sebeletsa moo ho hlokehang bahweletsi teng.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share