Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Exoda 1:1-40:38
  • Exoda

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Exoda
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Exoda

EXODA

1 Ana ke mabitso a bara ba Iseraele ba ileng ba tla Egepeta le Jakobo, banna bohle ba tlileng le ba malapa a bona:+ 2 Rubene, Simeone, Levi le Juda,+ 3 Isakare, Zabulone le Benjamine, 4 Dane le Nefthali, Gade le Ashere.+ 5 Bana ba Jakobo le litloholo tsohle tsa hae* e ne e le batho ba 70 empa Josefa o ne a se a le Egepeta.+ 6 Qetellong Josefa a shoa+ le bana babo kaofela le moloko oo oohle. 7 Baiseraele* ba eketseha ’me ba e-ba bangata, ba ’na ba ata ’me ba e-ba matla ka tsela e sa tloaelehang, hoo ba ileng ba tlala naha eo.+

8 Ka mor’a nako ha e-ba le morena e mocha Egepeta ea neng a sa tsebe Josefa. 9 A re ho sechaba sa hae: “Sechaba sa Iseraele se sengata ’me se matla ho re feta.+ 10 A re ba sebetseng ka bohlale. Ho seng joalo, ba tla ’ne ba eketsehe ’me ha ntoa e ka qhoma, ba tla thusa lira tsa rona, ba re loantše ’me ba tsoe ka har’a naha.”

11 Ba beha baokameli ba mosebetsi o qobelloang hore ba sebelise Baiseraele ka thata+ ’me ba ba qobella ho hahela Faro metse ea polokelo e leng oa Pithome le oa Ramsese.+ 12 Empa ha ba ntse ba ba hatella, ba ne ba eketseha le ho feta ’me ba hasana hohle kahoo, ba ile ba tšaba Baiseraele haholo.+ 13 Ka lebaka leo, Baegepeta ba qobella Baiseraele hore ba sebetse ka thata e le makhoba.+ 14 Ba ba sulafaletsa bophelo ka ho ba tšoara hampe le ho ba fa mosebetsi o boima oa ho etsa seretse ka letsopa, litene le mesebetsi eohle ea bokhoba masimong.+

15 Ka mor’a moo, morena oa Egepeta a bua le babelehisi ba Baheberu bao mabitso a bona e neng e le Shifra le Pua, 16 a re ho bona: “Ha le thusa mosali oa Moheberu ea haufi le ho beleha,*+ le shebe ngoana ha a hlaha ’me ha le hlokomela hore ke moshanyana, le mo bolaee empa haeba e le ngoanana le mo tlohele a phele.” 17 Leha ho le joalo, babelehisi ba ne ba tšaba Molimo oa ’nete ’me ha baa ka ba etsa kamoo morena oa Egepeta a neng a ba boleletse kateng. Ho e-na le hoo, ba ne ba tlohela bana ba bashanyana hore ba phele.+ 18 Ka mor’a nako, morena oa Egepeta a bitsa babelehisi ’me a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tloheletse bana ba bashanyana hore ba phele?” 19 Babelehisi ba re ho Faro: “Basali ba Baheberu ha ba tšoane le basali ba Baegepeta. Ba phetse hantle ’me ba beleha le pele ’melehisi a ka tla ho bona.”

20 Molimo a hlohonolofatsa babelehisi bao ’me sechaba sa ’na sa eketseha le ho ba matla haholo. 21 Kaha babelehisi ba ile ba tšaba Molimo oa ’nete, ha morao o ile a ba hlohonolofatsa ka ho ba fa malapa.* 22 Qetellong Faro a laela sechaba sa hae kaofela, a re: “Bashanyana bohle ba Baheberu ba qetang ho hlaha, le ba lahlele Nokeng ea Nile empa banana bohle le ba tlohele ba phela.”+

2 Ka nako eo, monna ea itseng oa leloko la Levi a nyala morali oa Levi.+ 2 Mosali eo a ima eaba o ba le mora. Ha a bona kamoo mora eo a neng a le motle kateng, a mo pata ka likhoeli tse tharo.+ 3 Ha a se a sa khone ho mo pata,+ a nka baskete* e entsoeng ka lehlaka,* a e tlotsa ka sekontiri se thata le sekontiri se metsi eaba o kenya ngoana ka har’a eona ’me o e beha har’a lehlaka, lebopong la Noka ea Nile. 4 Khaitseli ea ngoana eo+ ea emella hojana hore e bone hore na ho tla etsahala’ng ka eena.

5 Ha morali oa Faro a theoha ho tla itlhatsoa Nokeng ea Nile, basebeletsi ba hae ba basali ba ne ba tsamaea pel’a Noka ea Nile. Eaba o bona baskete har’a lehlaka. Kapele-pele a romela lekhoba la hae la mosali hore le e nke.+ 6 Ha a e bula, a fumana ngoana oa moshanyana a ntse a lla. A mo qenehela, a re: “Enoa ke e mong oa bana ba Baheberu.” 7 Khaitseli ea moshanyana eo ea re ho morali oa Faro: “Na nka ea ke e’o u bitsetsa mosali ea nyantšang ho basali ba Baheberu hore a u nyantšetse ngoana eo?” 8 Morali oa Faro a re ho eena: “Tsamaea.” Hang-hang ngoanana eo a tsamaea ’me a bitsa ’mè oa ngoana.+ 9 Morali oa Faro a re ho ’mè oa ngoana: “Nka ngoana enoa u ’nyantšetse eena ’me ke tla u patala.” Mosali eo a nka ngoana a mo nyantša. 10 Ha ngoana eo a se a holile, a mo tlisa ho morali oa Faro ’me ea e-ba mora oa hae.+ A mo reha Moshe* ’me a re: “Ke hobane ke mo ntšitse ka metsing.”+

11 Ha Moshe a se a le moholo,* a ea ho bana babo ho ea bona mosebetsi o boima oo ba neng ba o etsa+ ’me a bona Moegepeta a otla e mong oa bana babo oa Moheberu. 12 A sheba koana le koana ’me ha a bona ho se na motho, a bolaea Moegepeta eaba o mo pata lehlabatheng.+

13 Letsatsing le latelang a ea ho bona hape. Ho ne ho e-na le banna ba babeli ba Baheberu ba loanang. A re ho ea fositseng: “Ke hobane’ng ha u otla motsoalle oa hao?”+ 14 Eo a re: “Ke mang ea u behileng hore u be khosana le moahloli oa rona? Na u rerile ho mpolaea joalokaha u bolaile Moegepeta?”+ Moshe a tšoha ’me a re: “Taba ena ea tsebahala.”

15 Faro a utloela ka taba ena eaba o leka ho bolaea Moshe empa Moshe a baleha Faro ’me a ea naheng ea Midiane+ ho ea lula teng. Ha a fihla moo, a lula fatše pel’a seliba. 16 Moprista oa Midiane+ o ne a e-na le barali ba supileng ’me ba ile ba tla ho tla kha metsi eaba ba tlatsa linoelo hore ba noese liphoofolo tsa ntate oa bona. 17 Empa joalokaha balisa ba ne ba tloaetse, ba ile ba tla ’me ba ba leleka. Moshe a ema a thusa* basali bao ’me a noesa le liphoofolo tsa bona. 18 Ha ba fihla hae, ntate oa bona Reuele*+ a makala, a re: “Ho tla joang hore ebe kajeno le tlile hae kapele hakaale?” 19 Ba re: “Moegepeta ea itseng+ o ile a re pholosa ho balisa, a ba a re khella metsi ’me a noesa le liphoofolo.” 20 A re ho barali ba hae: “Joale o kae? Ke hobane’ng ha le siile monna eo? Mo bitseng hore a tl’o ja le rona.” 21 Ka mor’a moo, Moshe a lumela ho lula le monna eo eaba o fa Moshe morali oa hae Zipora+ hore a mo nyale. 22 Hamorao a ba le mora eaba o mo reha Gershome*+ hobane o ile a re, “Ke fetohile molichaba naheng eo e seng ea heso.”+

23 Ka mor’a lilemo tse ngata,* morena oa Egepeta a shoa+ empa Baiseraele ba ’na ba tletleba le ho lla ka lebaka la bokhoba ’me ba ’na ba llela ho Molimo oa ’nete+ hore a ba thuse. 24 Ka mor’a nako, Molimo a utloa ho tletleba ha bona+ eaba o hopola selekane* sa hae le Abrahama, Isaka le Jakobo.+ 25 Molimo a bona Baiseraele ’me a hlokomela hore baa sotleha.

3 Moshe ea e-ba molisa oa liphoofolo tsa Jethro+ moprista oa Midiane, eo Moshe e neng e le mokhoenyana oa hae. Ha a ntse a khannela liphoofolo ka bophirimela ho lefeella, qetellong a fihla Horebe thabeng ea Molimo oa ’nete.+ 2 Lengeloi la Jehova la hlaha ho eena le le lelakabeng la mollo har’a sehlahla se meutloa.+ Ha a ntse a shebile, a bona sehlahla seo se tuka empa se sa che. 3 Moshe a re: “E-re ke e’o hlahloba pono ena e sa tloaelehang ke bone hore na ke hobane’ng ha sehlahla se meutloa se sa che.” 4 Ha Jehova a bona hore o atametse, a mo bitsa a le sehlahleng seo a re: “Moshe! Moshe!” eaba o re: “Ke ’na enoa.” 5 Joale a re: “U se ke oa atamela ho feta moo. Rola lieta* tsa hao hobane sebaka seo u emeng ho sona sea halalela.”

6 A re: “Ke ’na Molimo oa ntate oa hao, Molimo oa Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.”+ Moshe a ipata sefahleho hobane o ne a tšaba ho sheba Molimo oa ’nete. 7 Jehova a re: “Ke bone hore batho ba ka baa sotleha Egepeta ’me ke utloile sello sa bona se bakoang ke batho ba ba qobellang ho sebetsa. Ke tseba hantle bohloko boo ba bo utloang.+ 8 Ke tla theoha ho ea ba pholosa matsohong a Baegepeta+ le ho ba ntša naheng eo, ho ba isa naheng e ntle e kholo, naheng e phallang lebese le mahe a linotši,+ sebakeng sa Bakanana, Bahethe, Baamore, Bapereze, Baheve le Bajebuse.+ 9 Ke utloile sello sa sechaba sa Iseraele ’me ke bone hore Baegepeta baa se hatella.+ 10 Tloo, ke tla u roma ho Faro ’me u tla ntša sechaba sa ka sa Baiseraele Egepeta.”+

11 Leha ho le joalo, Moshe a re ho Molimo oa ’nete: “ ’Na ke mang hore ke ee ho Faro ’me ke ntše Baiseraele Egepeta?” 12 Molimo a re: “Ke tla ba le uena+ ’me pontšo ea hore ke ’na ea u romileng ke ena: Ka mor’a hore u ntše sechaba seo Egepeta, le tla sebeletsa* Molimo oa ’nete thabeng ena.”+

13 Empa Moshe a re ho Molimo oa ’nete: “A re re joale ke ea ho Baiseraele ’me ke re ho bona, ‘Molimo oa baholo-holo ba lona o nthomile ho lona,’ ebe ba re ho ’na, ‘Lebitso la hae ke mang?’+ Ke tla re’ng ho bona?” 14 Molimo a re ho Moshe: “Ke Tla ba Seo ke Khethang* ho ba Sona.”*+ Hape a re: “U tle u re ho Baiseraele, ‘Ke Tla Ba o nthomile ho lona.’”+ 15 Molimo a re ho Moshe:

“E-re ho Baiseraele, ‘Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona, Molimo oa Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo,+ o nthomile ho lona.’ Lena ke lebitso la ka ka ho sa feleng+ ’me ena ke tsela eo ke tla hopoloa ka eona ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong. 16 Tsamaea, u bokelle baholo ba Iseraele ’me u re ho bona, ‘Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona, Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo o hlahile ho ’na ’me o itse: “Ke hlokometse se le etsahallang+ ’me ke bone le tsela eo le tšoeroeng ka eona Egepeta. 17 Ke le tšepisa hore ke tla le ntša mahlomoleng+ ao le leng ho ’ona Egepeta, ke le ise naheng ea Bakanana, Bahethe, Baamore,+ Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ naheng e phallang lebese le mahe a linotši.”’+

18 Ba tla mamela lentsoe la hao+ ’me uena le baholo ba Iseraele le tla ea ho morena oa Egepeta le re ho eena: ‘Jehova Molimo oa Baheberu+ o buile le rona. Re kopa u re lumelle re tsamaee leeto la matsatsi a mararo re ee lefeelleng e le hore re ka etsetsa Jehova Molimo oa rona sehlabelo.’+ 19 Empa ke tseba hantle hore morena oa Egepeta a ke ke a le lumella hore le tsamaee, ntle leha nka mo qobella ka letsoho la ka le matla.+ 20 Ke tla otlolla letsoho la ka ’me ke otle Egepeta ka mehlolo eohle eo ke tla e etsa moo. Ka mor’a moo, o tla le tlohela hore le tsamaee.+ 21 Ke tla etsa hore Baegepeta ba be mosa ho lona ’me ha le tsamaea, le ke ke la tsamaea le sa nka letho.+ 22 Basali bohle ba kope baahisani ba bona le basali ba lulang ka matlung a bona lintho tsa silevera, tsa khauta le liaparo ’me le tla li apesa bara le barali ba lona. Le tla nkela Baegepeta lintho tsa bona.”+

4 Moshe a re: “Empa ba ka ’na ba se nkholoe hape ba se ke ba ’mamela.+ Ba ka ’na ba re, ‘Jehova ha aa ka a hlaha ho uena.’” 2 Jehova a re ho eena: “Ntho eo e letsohong la hao ke eng?” Eaba o re: “Ke molamu.”* 3 Molimo a re: “O lahlele fatše.” A o lahlela fatše ’me oa fetoha noha+ eaba Moshe oa e baleha. 4 Jehova a re ho Moshe: “E tšoare ka mohatla.” A e tšoara eaba e fetoha molamu letsohong la hae. 5 Molimo a re: “U etse sena hore ba tle ba lumele hore ’na Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo,+ ke hlahile ho uena.”+

6 Jehova a re ho eena: “Ke kopa u kenye letsoho la hao ka har’a karolo e sefubeng ea seaparo sa hao.” A le kenya. Ha a le ntša, le ne le otliloe ka lepera, le le joaloka lehloa.+ 7 Eaba o re: “Khutlisetsa letsoho la hao ka har’a karolo e sefubeng ea seaparo sa hao.” A khutlisetsa letsoho ka har’a seaparo sa hae. Ha a le ntša, le ne le folile le tšoana le ’mele oohle oa hae. 8 Molimo a re: “Haeba ba sa u kholoe kapa ba iphapanyetsa mohlolo oa pele, ba tla u kholoa ha ba bona mohlolo oa bobeli.+ 9 Haeba ba ntse ba sa kholoe mehlolo ena e ’meli ’me ba hana ho u mamela, u tla kha metsi a Noka ea Nile ’me u a qhalle fatše moo ho ommeng. Metsi ao a tla fetoha mali moo ho ommeng.”+

10 Moshe a re ho Jehova: “Ntšoarele Jehova, haesale ke le motho ea sa khoneng ho bua hantle*+ ’me haesale ke le joalo le ho tloha ha u ne u bua le ’na.” 11 Jehova a re ho eena: “Ke mang ea etselitseng motho molomo kapa ea etsang hore motho a se ke a khona ho bua, ho utloa litsebeng, ho bona hantle kapa hore a foufale? Na ha se ’na Jehova? 12 Tsamaea, ke tla ba le uena ha u ntse u bua* ’me ke tla u bolella* hore na u re’ng.”+ 13 Moshe a re: “Ntšoarele Jehova, ke kopa u rome motho e mong.” 14 Jehova a halefela Moshe eaba o re: “U na le abuti oa hao oa Molevi e leng Arone.+ Kea tseba hore eena o khona ho bua hantle. Hona joale o tseleng ho tla kopana le uena ’me ha a u bona, o tla thaba haholo.+ 15 U mo bolelle hore na a re’ng.+ Ke tla ba le lona ha le ntse le bua+ ’me ke tla le bolella hore na le etse’ng. 16 O tla u buella ho batho, e tla ba ’muelli oa hao ’me u tla ba joaloka Molimo ho eena.*+ 17 U tla tšoara molamu ona ’me u etse mehlolo ka oona.”+

18 Moshe a khutlela ho Jethro ntate oa mosali oa hae+ ’me a re ho eena: “Ke kopa u ntumelle hore ke tsamaee, ke khutlele ho bana beso ba Egepeta ke e’o bona hore na ba sa ntse ba phela.” Jethro a re ho Moshe: “Tsamaea ka khotso.” 19 Ka mor’a moo, Jehova a bua le Moshe naheng ea Midiane a re: “Khutlela Egepeta hobane batho bohle ba neng ba batla ho u bolaea ba shoele.”+

20 Moshe a tsamaea le mosali oa hae le bara ba hae ’me a ba palamisa tonki eaba o khutlela naheng ea Egepeta. Moshe a tšoara molamu oa Molimo oa ’nete ka letsoho. 21 Jehova a re ho Moshe: “Ha u se u khutletse Egepeta, u etse mehlolo eohle eo ke u fileng matla a ho e etsa ka pel’a Faro.+ Empa ke tla mo tlohela* hore a be manganga+ ’me a ke ke a tlohela sechaba hore se tsamaee.+ 22 U re ho Faro, ‘Jehova o re: “Iseraele ke mora oa ka, letsibolo la ka.+ 23 Ke re ho uena, e-re mora oa ka a tsamaee e le hore a ntšebeletse. Empa haeba u hana hore a tsamaee, ke tla bolaea mora oa hao oa letsibolo.”’”+

24 Ha ba le tseleng, ba le moo ba neng ba tl’o phomola teng, Jehova+ a kopana le eena ’me o ne a batla ho mo* bolaea.+ 25 Qetellong Zipora+ a nka lejoe le bohale* ’me a bolotsa mora oa hae, a etsa hore ntlha ea letlalo la setho sa hae sa botona e ame maoto a hae* eaba o re: “Ke hobane u monyali oa mali ho ’na.” 26 Molimo a mo tlohela. Eaba Zipora o re, “u monyali oa mali” hobane ke bololitse mora oa ka.*

27 Jehova a re ho Arone: “Tsamaea u ee lefeelleng u e’o kopana le Moshe.”+ A tsamaea ’me a kopana le eena thabeng ea Molimo oa ’nete+ ’me a mo lumelisa ka ho mo suna.* 28 Moshe a bolella Arone mantsoe ’ohle a Jehova, Molimo ea neng a mo romile+ le mehlolo eohle eo Molimo a neng a mo laetse hore a e etse.+ 29 Ka mor’a moo Moshe le Arone ba tsamaea ’me ba bokella baholo bohle ba Baiseraele.+ 30 Arone a ba bolella mantsoe ’ohle ao Jehova a neng a a boleletse Moshe ’me a etsa mehlolo+ ka pel’a sechaba. 31 Sechaba sa kholoa+ Moshe. Ha Baiseraele ba utloa hore Jehova o bone+ kamoo ba sotlehang kateng,+ ba khumama eaba ba inamisa lihlooho.

5 Ka mor’a moo, Moshe le Arone ba ea ho Faro ’me ba re ho eena: “Jehova Molimo oa Iseraele o re, ‘Tlohela sechaba sa ka hore se tsamaee se e’o nketsetsa mokete lefeelleng.’” 2 Empa Faro a re: “Jehova ke mang+ hore ke mo mamele ’me ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaee?+ Ho hang ha ke tsebe Jehova ebile nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaee.”+ 3 Empa ba re: “Molimo oa Baheberu o buile le rona. Re kopa u re lumelle hore re tsamaee leeto la matsatsi a mararo re ee lefeelleng re e’o etsetsa Jehova Molimo oa rona sehlabelo,+ ho seng joalo o tla re bolaea ka boloetse kapa ka sabole.” 4 Morena oa Egepeta a re ho bona: “Moshe le Arone, ke hobane’ng ha le tlohelisa batho mosebetsi? Khutlelang mosebetsing.”*+ 5 Faro a re: “Bonang hore na batho ba naha ena ba bangata hakae ’me lona le batla ho ba tlohelisa mosebetsi.”

6 Letsatsing lona leo, Faro a laela balaoli le baokameli ba Baiseraele a re: 7 “Le se ke la hlola le fa sechaba joang hore se etse litene.+ E-reng se tsamaee se e’o ipokellela joang. 8 Empa le ’ne le se batle palo ea litene e lekanang le ea pele. Le se ke la e fokotsa hobane se botsoa.* Ke ka lebaka leo se hoeletsang se reng, ‘Re batla ho tsamaea, re batla ho etsetsa Molimo oa rona sehlabelo!’ 9 Se feng mosebetsi o boima le ho feta, se lule se sebetsa e le hore se se ke sa mamela mashano.”

10 Balaoli+ le baokameli ba sechaba ba tsoa ’me ba re ho sona: “Faro o itse, ‘Nke ke ka hlola ke le fa joang. 11 Tsamaeang le e’o ipatlela joang moo le ka bo fumanang teng empa mosebetsi oa lona oona o ke ke oa fokotsoa le hanyenyane.’” 12 Sechaba sa hasana naheng eohle ea Egepeta ho bokella litlhaka ho e-na le joang. 13 Balaoli ba ’na ba se qobella ba re: “Qetang mosebetsi oa lona oa letsatsi le letsatsi feela joalokaha le ne le etsa nakong e fetileng ha le ne le fuoa joang.” 14 Hape baokameli ba Baiseraele, bao balaoli ba Faro ba ba khethileng hore ba okamele sechaba, ba otloa.+ Ba ile ba ba botsa ba re: “Ke hobane’ng ha maobane le kajeno le sa etsa palo ea litene e lekanang le eo le neng le e etsa pele?”

15 Baokameli ba Baiseraele ba ea ho Faro ’me ba tletleba ba re: “Ke hobane’ng ha u re tšoara ka tsela ee? 16 Ha re sa fuoa joang empa ho thoe re etse litene. Rea shapuoa empa batho ba hao ke bona ba phoso.” 17 Empa a re: “Le botsoa,* le botsoa!*+ Ke ka lebaka leo le reng le batla ho tsamaea le e’o etsetsa Jehova sehlabelo.+ 18 Khutlelang mosebetsing. Le ke ke la fuoa joang empa le ’ne le fane ka palo ea litene e lekanang le ea pele.”

19 Baokameli ba Baiseraele ba bona hore ba ne ba le tsietsing ka lebaka la taelo e reng: “Ho hang le se ke la fokotsa palo ea litene tseo le li etsang letsatsi le letsatsi.” 20 Ka mor’a moo, ba kopana le Moshe le Arone, ba neng ba eme moo ho ba khahlanyetsa ha ba tsoa ho Faro. 21 Hang-hang baokameli ba re ho bona: “E se eka Jehova a ka le sheba ’me a le ahlola kaha le entse hore Faro le bahlanka ba hae ba re hloee* ’me le behile sabole matsohong a bona hore ba re bolaee.”+ 22 Moshe a rapela Jehova a re: “Jehova, ke hobane’ng ha u sotlile sechaba see? Ke hobane’ng ha u nthomile? 23 Ho tloha ha ke fihla ho Faro ho tla bua ka lebitso la hao,+ Faro o sotlile sechaba sena le ho feta+ ’me ho hang ha oa pholosa sechaba sa hao.”+

6 Jehova a re ho Moshe: “U tla bona seo ke tla se etsa ho Faro.+ Letsoho la ka le matla le tla mo qobella hore a tlohele batho ba ka ba tsamaee ’me a ba leleke naheng ea hae.”+

2 Molimo a re ho Moshe: “Ke ’na Jehova. 3 Ke ile ka iponahatsa ka makhetlo a mangata ho Abrahama, Isaka le Jakobo ke le Molimo Ea Matla ’Ohle+ empa ha kea ka ka itsebisa ho bona+ ka lebitso la ka la Jehova.+ 4 Hape ke ile ka etsa selekane* sa ka le bona hore ke tla ba fa naha ea Kanana, e leng naha eo ba neng ba lula ho eona e le balichaba.+ 5 Joale ke utloile sello sa sechaba sa Iseraele, seo Baegepeta ba se entseng makhoba ’me ke hopola selekane sa ka.+

6 E-re ho Baiseraele, ‘Ke ’na Jehova ’me ke tla le lokolla mosebetsing o boima oa Baegepeta, ke le pholose bokhobeng ba bona.+ Ke tla le ntša ka letsoho la ka le matla* le ka likotlo* tse kholo.+ 7 Le tla ba sechaba sa ka ’me ke tla ba Molimo oa lona.+ Le tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lona ea le lokollang mosebetsing o boima oa Egepeta. 8 Ke tla le tlisa naheng eo ke ileng ka ikana* hore ke tla e fa Abrahama, Isaka le Jakobo ’me ke tla le fa eona.+ Ke ’na Jehova.’”+

9 Hamorao Moshe a bolella Baiseraele molaetsa ona empa ha baa ka ba mo mamela hobane ba ne ba nyahame ’me ba sotleha ka lebaka la bokhoba.+

10 Jehova a bua le Moshe a re: 11 “Tsamaea u e’o bolella Faro, morena oa Egepeta hore a tlohele Baiseraele hore ba tsamaee ba tlohe naheng ea hae.” 12 Leha ho le joalo, Moshe a re ho Jehova: “Baiseraele ha baa ’mamela,+ Faro o tla ’mamela joang hobane ha ke khone ho bua hantle?”+ 13 Empa Jehova a boela a bolella Moshe le Arone litaelo tseo ba lokelang ho li fa Baiseraele le Faro morena oa Egepeta e le hore a ntše Baiseraele naheng ea Egepeta.

14 Ana ke mabitso a lihlooho tsa malapa a Baiseraele: Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele,+ e ne e le Hanoke, Palu, Hezrone le Karmi.+ Ana ke malapa a Rubene.

15 Bara ba Simeone e ne e le Jemuele, Jamine, Ohade, Jakine, Zohare le Shaule mora oa mosali oa Mokanana.+ Ana ke malapa a Simeone.

16 Ana ke mabitso a bara ba Levi+ ho ea ka meloko ea bona: Gershone, Kohathe le Merari.+ Levi o phetse lilemo tse 137.

17 Bara ba Gershone e ne e le Libni le Shimei, ho ea ka malapa a bona.+

18 Bara ba Kohathe e ne e le Amrame, Izehare, Hebrone le Uziele.+ Kohathe o phetse lilemo tse 133.

19 Bara ba Merari e ne e le Maheli le Mushi.

Ana e ne e le malapa a Balevi ho ea ka meloko ea bona.+

20 Amrame a nka rakhali oa hae Jokebede hore e be mosali oa hae.+ A mo tsoalla Arone le Moshe.+ Amrame o phetse lilemo tse 137.

21 Bara ba Izehare e ne e le Kora,+ Nefege le Zikri.

22 Bara ba Uziele e ne e le Mishaele, Elzafane+ le Sithri.

23 Arone a nka Elisheba morali oa Aminadabe, khaitseli ea Nashone+ hore e be mosali oa hae. A mo tsoalla Nadabe, Abihu, Eleazare le Ithamare.+

24 Bara ba Kora e ne e le Asire, Elkana le Abiasafe.+ Ana e ne e le malapa a Bakore.+

25 Eleazare+ mora oa Arone, a nka e mong oa barali ba Putiele hore e be mosali oa hae. A mo tsoalla Finease.+

Tsena ke lihlooho tsa malapa a Balevi ho ea ka malapa a tsona.+

26 Ke Arone le Moshe bao Jehova a itseng ho bona: “Ntšang sechaba sa Iseraele naheng ea Egepeta ka lihlopha.”*+ 27 Moshe le Arone+ ke bona ba ileng ba bua le Faro morena oa Egepeta hore a ntše sechaba sa Iseraele Egepeta.

28 Letsatsing leo, ha Jehova a ne a bua le Moshe naheng ea Egepeta, 29 Jehova o ile a re ho Moshe: “Ke ’na Jehova. Bolella Faro morena oa Egepeta lintho tsohle tseo ke u bolellang tsona.” 30 Moshe a re ho Jehova: “Ha ke khone ho bua hantle, Faro o tla ’mamela joang?”+

7 Jehova a re ho Moshe: “Ke u entse hore u be joaloka Molimo* ho Faro ’me abuti oa hao Arone e tla ba moprofeta oa hao.+ 2 U tla bolella abuti oa hao Arone litaelo tsohle tseo ke tla u fa tsona, eena o tla bua le Faro ’me Faro o tla leleka Baiseraele naheng ea hae. 3 Ke tla tlohela Faro hore a be manganga+ ’me ke tla etsa lipontšo le mehlolo e mengata naheng ea Egepeta.+ 4 Empa Faro a ke ke a le mamela ’me ke tla bontša Egepeta matla a ka ka hore ke ntše sechaba sa ka se sengata* sa Baiseraele naheng ea Egepeta ka likotlo* tse kholo.+ 5 Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova+ ha ke otlolla letsoho la ka ke otla Egepeta ke bile ke ntša Baiseraele har’a bona.” 6 Moshe le Arone ba etsa kamoo Jehova a neng a ba laetse kateng. Ba fela ba etsa joalo. 7 Moshe o ne a le lilemo li 80 ’me Arone a le lilemo li 83 ha ba bua le Faro.+

8 Jehova a re ho Moshe le Arone: 9 “Haeba Faro a re ho lona, ‘Etsang mohlolo,’ joale uena u re ho Arone, ‘Nka molamu oa hao ’me o u lahlele fatše ka pel’a Faro.’ O tla fetoha noha e kholo.”+ 10 Moshe le Arone ba ea ho Faro ’me ba etsa hantle feela joalokaha Jehova a ne a ba laetse. Arone a lahlela molamu oa hae fatše ka pel’a Faro le bahlanka ba hae ’me oa fetoha noha e kholo. 11 Leha ho le joalo, Faro a bitsa banna ba bohlale le baloi ’me baprista ba maselamose ba Egepeta+ le bona ba etsa ntho e tšoanang.+ 12 Kaofela ba lahlela melamu fatše eaba e fetoha linoha tse kholo empa molamu oa Arone oa koenya melamu ea bona. 13 Ho ntse ho le joalo, Faro a ba manganga*+ eaba ha a ba mamele feela joalokaha Jehova a ne a buile.

14 Jehova a re ho Moshe: “Faro o manganga.+ O hanne ho tlohela sechaba hore se tsamaee. 15 Hoseng u ee ho Faro hobane o tla be a ea nokeng. U eme moeling oa Noka ea Nile hore u kopane le eena ’me u nke molamu o ileng oa fetoha noha.+ 16 U re ho eena, ‘Jehova Molimo oa Baheberu o nthomile ho uena+ ’me o re: “Tlohela batho ba ka hore ba tsamaee e le hore ba tle ba ntšebeletse lefeelleng” empa le hona joale u ntse u e-s’o mamele. 17 Jehova o itse: “U tla tseba ka sena hore ke ’na Jehova.+ Ke otla metsi a Nokeng ea Nile ka molamu o letsohong la ka ’me a tla fetoha mali. 18 Litlhapi tse Nokeng ea Nile li tla shoa ’me Noka ea Nile e tla nkha hampe. Baegepeta ba ke ke ba khona ho noa metsi a Noka ea Nile.”’”

19 Jehova a re ho Moshe: “E-re ho Arone, ‘Nka molamu oa hao ’me u otlollele letsoho la hao holim’a metsi a Egepeta,+ linoka, melatsoana,* matamo a nang le lehlaka+ le holim’a metsi ’ohle a bokelletsoeng, hore a tle a fetohe mali.’ Ho tla ba le mali naheng eohle ea Egepeta esita le metsi a ka lijaneng tsa lepolanka le tsa lejoe a tla fetoha mali.” 20 Kapele-pele Moshe le Arone ba etsa feela joalokaha Jehova a laetse. Arone a phahamisa molamu ’me a otla metsi a Noka ea Nile ka pel’a Faro le bahlanka ba hae eaba metsi ’ohle a noka a fetoha mali.+ 21 Litlhapi tse ka nokeng tsa shoa+ ’me noka ea nkha hampe. Baegepeta ba ne ba sa khone ho noa metsi a Noka ea Nile.+ Metsi ’ohle naheng ea Egepeta a ne a fetohile mali.

22 Leha ho le joalo, baprista ba maselamose ba Egepeta ba etsa ntho e tšoanang.+ Faro a ’na a ba manganga eaba ha a ba mamele feela joalokaha Jehova a ne a buile.+ 23 Faro a khutlela ntlong ea hae ’me lintho tse etsahetseng ha aa ka a li nkela hloohong. 24 Baegepeta bohle ba ne ba cheka ho potoloha Noka ea Nile hore ba fumane metsi a nooang hobane ba ne ba sa khone ho noa metsi a Noka ea Nile. 25 Jehova a etsa hore metsi a Noka ea Nile a fetohe mali ka matsatsi a supileng.

8 Jehova a re ho Moshe: “E-ea ho Faro u re ho eena, ‘Jehova o itse: “Tlohela sechaba sa ka hore se tsamaee e le hore se tle se ntšebeletse.+ 2 Haeba u ntse u hana ho se tlohela hore se tsamaee, ke tla otla naha eohle ea hao ka linqanqane.+ 3 Noka ea Nile e tla ba le linqanqane tse ngata haholo. Li tla nyoloha ’me li kene ka tlung ea hao le ka kamoreng ea hao ea ho robala, holim’a bethe ea hao le ka matlung a bahlanka ba hao le ho sechaba sa hao le ka liontong tsa hao le ka likotlolong tsa hao tseo ho lubeloang ho tsona.+ 4 Linqanqane li tla nyolohela ho uena, ho sechaba sa hao le ho bahlanka bohle ba hao.”’”

5 Ka mor’a nako Jehova a re ho Moshe: “E-re ho Arone, ‘Otlollela letsoho leo u tšoereng molamu oa hao ka lona holim’a linoka, melatsoana ea Noka ea Nile le holim’a matamo a nang le lehlaka ’me u etse hore linqanqane li nyolohele naheng ea Egepeta.’” 6 Arone a otlollela letsoho holim’a metsi a Egepeta ’me linqanqane tsa nyoloha le ho koahela naha ea Egepeta. 7 Leha ho le joalo, baprista ba maselamose ba etsa ntho e tšoanang ’me le bona ba etsa hore linqanqane li nyolohele naheng ea Egepeta.+ 8 Faro a bitsa Moshe le Arone ’me a re: “Nkopeleng ho Jehova hore a tlose linqanqane ho ’na le ho sechaba sa ka+ kaha ke batla ho tlohela sechaba sa lona hore se tsamaee se e’o etsetsa Jehova sehlabelo.” 9 Moshe a re ho Faro: “Ke uena ea tla mpolella hore na ke kope Molimo neng hore a tlose linqanqane ho uena, ho bahlanka ba hao, ho sechaba sa hao le ka matlung a hao. Li tla siuoa feela Nokeng ea Nile.” 10 Faro a re: “Hosane.” Moshe a re: “Ho tla etsoa joalokaha u boletse e le hore u ka tseba hore ha ho ea tšoanang le Jehova Molimo oa rona.+ 11 Linqanqane li tla tloha ho uena le ka matlung a hao le ho bahlanka ba hao le ho batho ba hao. Li tla sala ka Nokeng ea Nile feela.”+

12 Moshe le Arone ba tloha ho Faro ’me Moshe a kopa Jehova hore a tlose linqanqane tseo a neng a li tliselitse Faro.+ 13 Jehova a etsa seo Moshe a se kopileng ’me linqanqane tsa shoa ka matlung, mabaleng le naheng. 14 Ba ne ba li bokella ka liqubu tse ngata ’me naha ea nkha hampe. 15 Ha Faro a bona hore linqanqane ha li sa le eo, a ba manganga+ ’me a hana ho ba mamela feela joalokaha Jehova a ne a buile.

16 Jehova a re ho Moshe: “E-re ho Arone, ‘Phahamisa molamu oa hao u otle lerole la lefatše ’me le tla fetoha menoang naheng eohle ea Egepeta.’” 17 Ba etsa joalo. Arone a otlolla letsoho leo a tšoereng molamu oa hae ka lona eaba o otla lerole la lefatše ’me menoang ea hlasela batho le liphoofolo. Lerole lohle la lefatše la fetoha menoang naheng eohle ea Egepeta.+ 18 Baprista ba maselamose le bona ba leka ho etsa menoang+ empa ba hloleha. Menoang ea ’na ea hlasela batho le liphoofolo. 19 Baprista ba maselamose ba re ho Faro: “Ntho ena e tsoa ho Molimo.”*+ Empa Faro a ’na a ba manganga ’me a se ke a ba mamela feela joalokaha Jehova a ne a buile.

20 Jehova a re ho Moshe: “Tsoha hoseng u e’o kopana le Faro ha a le tseleng a ea nokeng ’me u re, ‘Jehova o itse: “Tlohela batho ba ka hore ba tsamaee e le hore ba tle ba ntšebeletse. 21 Empa haeba u sa tlohele batho ba ka hore ba tsamaee, ke tla romela liboba* ho uena le ho bahlanka ba hao le ho sechaba sa hao le ka matlung a lona ’me matlo a Baegepeta a tla tlala liboba. Li tla koahela le naha eohle eo ba* lulang ho eona. 22 Letsatsing leo ke tla etsa se fapaneng ho naha ea Goshene, eo batho ba ka ba lulang ho eona. Ho ke ke ha e-ba le liboba moo+ ’me u tla tseba ka sena hore ’na Jehova ke naheng eo.+ 23 Ke tla etsa hore ho be le phapang pakeng tsa sechaba sa ka le sechaba sa hao. Hosane pontšo ena e tla ba teng.”’”

24 Jehova a etsa joalo ’me liboba tse ngata haholo tsa hlasela matlo a Faro le matlo a bahlanka ba hae le naha eohle ea Egepeta.+ Naha ea senngoa ke liboba.+ 25 Qetellong, Faro a bitsa Moshe le Arone ’me a re: “E-eang le e’o etsetsa Molimo oa lona sehlabelo empa e be hona naheng ena.” 26 Moshe a re: “Re ke ke ra khona ho etsa joalo hobane Baegepeta ba tla khopeha ha ba bona lintho tseo re tla etsetsa Jehova Molimo oa rona sehlabelo ka tsona.+ Haeba re ne re ka etsa mahlabelo a khopisang Baegepeta ba ntse ba re shebile, ba ka re tlepetsa ka majoe. 27 Re tla tsamaea leeto la matsatsi a mararo re ee lefeelleng ’me re etsetse Jehova Molimo oa rona sehlabelo moo feela joalokaha a re laetse.”+

28 Faro a re: “Ke tla le tlohela hore le tsamaee le e’o etsetsa Jehova Molimo oa lona sehlabelo lefeelleng. Empa le se ke la ea hole haholo. Mpuelleng ho Molimo oa lona.”+ 29 Moshe a re: “Kea tsamaea, ke e’o u buella ho Jehova ’me hosane liboba li tla tloha ho uena, ho bahlanka ba hao le ho sechaba sa hao. Faro a ke a tlohelle ho re qhekella* ka ho hana ho tlohella sechaba hore se tsamaee se e’o etsetsa Jehova sehlabelo.”+ 30 Moshe a tloha ho Faro ’me a rapela Jehova.+ 31 Jehova a etsa seo Moshe a se kopileng ’me liboba tsa tloha ho Faro, ho bahlanka ba hae le ho sechaba sa hae. Ha hoa ka ha sala leha e le se le seng. 32 Leha ho le joalo, Faro a boela a ba manganga ’me ha aa ka a tlohela sechaba hore se tsamaee.

9 Jehova a re ho Moshe: “E-ea ho Faro ’me u re ho eena, ‘Jehova Molimo oa Baheberu o itse: “Tlohela sechaba sa ka hore se tsamaee se e’o ntšebeletsa.+ 2 Empa haeba u hana ho se tlohela hore se tsamaee ’me u ntse u se thibela, 3 ’na Jehova ke tla bolaea liphoofolo tsa hao tse naheng ka matla a ka.+ Ho tla ba le boloetse bo bolaeang lipere, litonki, likamele, liphoofolo tse kholo le linku le lipoli.+ 4 Jehova o tla etsa hore ho be le phapang pakeng tsa liphoofolo tsa Baiseraele le tsa Baegepeta ’me ha ho phoofolo ea Baiseraele e tla shoa.”’”+ 5 Jehova a beha nako a re: “Hosane ’na Jehova ke tla etsa sena naheng ena.”

6 Letsatsing le latelang Jehova a etsa sena ’me liphoofolo tsohle tsa Baegepeta tsa shoa+ empa ha hoa ka ha shoa leha e le phoofolo e le ’ngoe ea Baiseraele. 7 Ha Faro a batlisisa a fumana hore liphoofolo tsa Baiseraele ha lia shoa. Leha ho le joalo, Faro a ’na a ba manganga eaba ha a tlohele sechaba hore se tsamaee.+

8 Jehova a re ho Moshe le Arone: “Tlatsang matsoho a lona a le mabeli ka molora oa sebopi ’me Moshe a o hasanye moeeng ka pel’a Faro. 9 O tla fetoha lerole naheng eohle ea Egepeta ’me o tla fetoha mathopa a tsoang bolalu ho batho le ho liphoofolo naheng eohle ea Egepeta.”

10 Ba nka molora ka seboping ’me ba ema ka pel’a Faro. Moshe a o hasanya moeeng ’me oa fetoha mathopa a tsoang bolalu holim’a batho le liphoofolo. 11 Baprista ba maselamose ba ne ba sa khone ho ema ka pel’a Moshe ka lebaka la mathopa kaha a ne a tsoile ho bona le ho Baegepeta bohle.+ 12 Empa Jehova a tlohela Faro hore a ’ne a be manganga ’me a se ke a ba mamela feela joalokaha Jehova a ne a boleletse Moshe.+

13 Jehova a re ho Moshe: “Tsoha esale hoseng u e’o ema ka pel’a Faro ’me u re ho eena, ‘Jehova Molimo oa Baheberu o itse: “Tlohela sechaba sa ka hore se tsamaee se e’o ntšebeletsa. 14 Haeba u sa se tlohele, ke tla otla uena le bahlanka ba hao le sechaba sa hao ka likotlo tsa ka kaofela e le hore u tsebe hore ha ho na motho ea tšoanang le ’na lefatšeng lohle.+ 15 Hona joale nka be ke ile ka phahamisa letsoho la ka hore ke otle uena le batho ba hao ka boloetse bo bolaeang ’me u ka be u felisitsoe lefatšeng. 16 Empa ke u bolokile u phela ka lebaka lena: hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.+ 17 Na u sa ntse u ikhohomosetsa sechaba sa ka ka hore u se ke oa se tlohela hore se tsamaee? 18 Hosane hoo e ka bang ka nako ena, ke tla nesa sefako se seholo se e-s’o ka se e-ba teng Egepeta ho tloha letsatsing leo e bileng teng ka lona ho fihlela joale. 19 Romela bahlanka ba hao hore ba tlise liphoofolo tsohle tsa hao moo ho sireletsehileng hammoho le lintho tsohle tsa hao tse naheng. Batho le liphoofolo tse tla fumanoa naheng li sa isoa moo ho sireletsehileng, li tla bolaoa ke sefako.”’”

20 Bahlanka bohle ba Faro ba neng ba tšaba seo Jehova a se buileng, ba balehisetsa bahlanka ba bona le liphoofolo moo ho sireletsehileng 21 empa batho ba sa kang ba mamela seo Jehova a se buileng ba tlohela bahlanka ba bona le liphoofolo naheng.

22 Jehova a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao maholimong e le hore sefako se ka na naheng eohle ea Egepeta,+ se nele batho le liphoofolo le limela tsohle tse naheng ea Egepeta.”+ 23 Moshe a phahamisetsa molamu oa hae maholimong ’me Jehova a tlisa lialuma le sefako eaba mollo* o theohela lefatšeng. Jehova a ’na a nesa sefako naheng ea Egepeta. 24 Ha e-ba le sefako ’me ha e-ba le mahalima har’a sefako. Se ne se le matla haholo. Ho ne ho e-s’o ka ho e-ba le se tšoanang le sona naheng ea Egepeta haesale e e-ba le baahi.+ 25 Sefako sa otla lintho tsohle tse naheng ea Egepeta, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo, sa otla limela tsohle ’me sa robakanya lifate tsohle tsa naha.+ 26 Ke naheng ea Goshene feela moo Baiseraele ba neng ba le teng, moo ho sa kang ha e-ba le sefako.+

27 Faro a re Moshe le Arone ba bitsoe ’me a re ho bona: “Ke entse sebe lekhetlong lena. Jehova o lokile ’me ’na le sechaba sa ka re fositse. 28 Kopang Jehova hore lialuma le sefako li khaotse. Ke tla le tlohela hore le tsamaee ’me ha le sa tla lula mona.” 29 Moshe a re ho eena: “Hang ha ke tsoa motseng ke tla rapela Jehova.* Lialuma li tla khaotsa ’me sefako se tla emisa e le hore u ka tseba hore lefatše ke la Jehova.+ 30 Empa ke se ke ntse ke tseba hore esita le ka nako eo, uena le bahlanka ba hao le ke ke la tšaba Jehova Molimo.”

31 Semela sa folakse* le harese li ne li sentsoe ke sefako hobane harese e ne e se e le haufi le ho butsoa le semela sa line se se se thuntse. 32 Empa koro* e ne e sa senyeha hobane e ne e e-s’o butsoe.* 33 Moshe a tsoa motseng ho Faro ’me a rapela Jehova* eaba lialuma le sefako lia khaotsa. Pula le eona ea emisa ho na.+ 34 Ha Faro a bona hore pula le sefako le lialuma li khaolitse, eena le bahlanka ba hae ba etsa sebe hape ’me ba e-ba manganga.+ 35 Faro a ’na a ba manganga ’me a se ke a tlohela Baiseraele hore ba tsamaee feela joalokaha Jehova a ne a boletse ka Moshe.+

10 Jehova a re ho Moshe: “E-ea ho Faro hobane ke tloheletse eena le bahlanka ba hae hore ba be manganga+ e le hore nka etsa mehlolo ena ea ka ka pel’a hae+ 2 le hore u ka bolella bara ba hao le litloholo tsa hao hore ke ile ka otla Baegepeta hape ka etsa lipontšo har’a bona.+ Le tla tseba hore ke ’na Jehova.”

3 Moshe le Arone ba ea ho Faro ’me ba re ho eena: “Jehova Molimo oa Baheberu o itse, ‘U tla hana ho ikokobelletsa ’na ho fihlela neng?+ Tlohela batho ba ka hore ba tsamaee ba e’o ntšebeletsa. 4 Haeba u ntse u hana ho tlohela batho ba ka hore ba tsamaee, ke tla tlisa litsie naheng ea hao hosane. 5 Li tla koahela naha eohle ’me ha ho na motho ea tla khona ho bona mobu. Li tla ja lintho tse neng li le saletse tse sa senngoang ke sefako, li je le lifate tsohle tsa lona tse melang naheng.+ 6 Li tla tlala ka matlung a hao, a bahlanka bohle ba hao le a Baegepeta bohle. Bo-ntate ba lona le baholo-holo ba lona ha ba e-s’o ka ba bona tse kaalo ho tloha haesale ba lula naheng ena ho fihlela kajeno.’”+ A furalla ’me a tloha ho Faro.

7 Bahlanka ba Faro ba re ho eena: “Monna enoa o tla ’ne a re bakele mathata* ho fihlela neng? Tlohela sechaba sena hore se tsamaee se e’o sebeletsa Jehova Molimo oa sona. Na ha u e-s’o hlokomele hore Egepeta e senyehile?” 8 Moshe le Arone ba khutlisetsoa ho Faro ’me a re ho bona: “Tsamaeang le e’o sebeletsa Jehova Molimo oa lona. Empa ha e le hantle ke bo-mang ba tla tsamaea?” 9 Moshe a re: “Re tla tsamaea le bacha ba rona, maqheku a rona, bara ba rona, barali ba rona, linku tsa rona le likhomo tsa rona+ hobane re e’o etsetsa Jehova mokete.”+ 10 A re ho bona: “Haeba nka tlohela lona le bana ba lona hore le tsamaee, Jehova o tla be a e-na le lona.+ Ho hlakile hore le rera ho etsa se sebe. 11 Le ke ke la tsamaea kaofela. Ke banna feela ba tla tsamaea ho ea sebeletsa Jehova kaha ke eona ntho eo le e kopileng.” Ba lelekoa ka pel’a Faro.

12 Jehova a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao holim’a naha ea Egepeta e le hore litsie li ka nyolohela ho eona ’me li je limela tsohle tsa naha, li je lintho tsohle tse siiloeng ke sefako.” 13 Hang-hang Moshe a otlollela molamu oa hae holim’a naha ea Egepeta eaba Jehova o etsa hore moea oa bochabela o fokele naheng eo letšehare lohle le bosiu bohle. Hoseng, moea oa bochabela oa tlisa litsie. 14 Litsie tsa nyolohela naheng eohle ea Egepeta ’me tsa lula libakeng tsohle tsa Egepeta.+ Li ne li ba tšoenya haholo.+ Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le litsie tse ngata hakaalo ebile ha ho mohla ho tla ke ho be le tse ngata joaloka tsona. 15 Tsa koahela naha eohle ’me naha ea e-ba ntšo ka lebaka la tsona. Tsa ja limela tsohle tsa naha le litholoana tsohle tse lifateng tseo sefako se li siileng. Naheng eohle ea Egepeta ha hoa ka ha sala letho le letala lifateng kapa limeleng tsa naha.

16 Faro a bitsa Moshe le Arone ka potlako eaba o re: “Ke sitetsoe Jehova Molimo oa lona ebile ke sitetsoe le lona. 17 Ke kopa le ntšoarele ka sebe sena sa ka lekhetlong lena feela ’me le kope Jehova Molimo oa lona hore a tlose kotlo* ena ho ’na.” 18 Kahoo a* tloha ho Faro, a e’o rapela Jehova.+ 19 Jehova a etsa hore moea o fokele sebakeng se seng ’me ea e-ba moea o matla haholo oa bophirimela. O ile oa tlosa litsie eaba o li khannela Leoatleng le Lefubelu. Ha hoa ka ha sala tsie leha e le ’ngoe sebakeng sohle sa Egepeta. 20 Leha ho le joalo, Jehova a tlohela Faro hore a be manganga+ ’me Faro a hana ho tlohela Baiseraele hore ba tsamaee.

21 Jehova a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao maholimong e le hore ho ka ba le lefifi naheng ea Egepeta, lefifi le letšo-letšo.” 22 Hang-hang Moshe a phahamisetsa letsoho maholimong eaba ho ba le lefifi le letšo-letšo naheng eohle ea Egepeta ka matsatsi a mararo.+ 23 Ba ne ba sa khone ho bonana ’me ha ho le ea mong oa bona ea ileng a tsoa moo a neng a le teng ka matsatsi a mararo. Empa ho ne ho e-na le leseli libakeng tseo Baiseraele bohle ba neng ba lula ho tsona.+ 24 Faro a bitsa Moshe ’me a re: “Tsamaeang le e’o sebeletsa Jehova.+ Ho tla sala linku le likhomo tsa lona feela. Le ka tsamaea le bana ba lona.” 25 Empa Moshe a re: “U lokela ho re lumella hore re nke le liphoofolo tseo re tla etsa mahlabelo le linyehelo tsa secheso ka tsona ’me re tla fana ka tsona ho Jehova Molimo oa rona.+ 26 Liphoofolo tsa rona le tsona li tla tsamaea le rona. Ha ho phoofolo* e tla lumelloa ho sala hobane re tla sebelisa tse ling tsa tsona ho etsetsa Jehova Molimo oa rona mahlabelo ’me ha re tsebe hore na re tla fana ka life ho Jehova ho fihlela re fihla moo.” 27 Jehova a tlohela Faro hore a be manganga ’me Faro a hana ho ba tlohela hore ba tsamaee.+ 28 Faro a re ho Moshe: “Tloha pel’a ka! U se ke oa leka ho tla ka pel’a ka hape hobane mohlang u tlang ho ’na, u tla shoa.” 29 Moshe a re: “Nke ke ka hlola ke leka ho tla ka pel’a hao hape feela joalokaha u boletse.”

11 Jehova a re ho Moshe: “Ke tla tlisa kotlo ea ho qetela ho Faro le Egepeta. Ka mor’a moo, o tla le tlohela hore le tlohe mona+ ’me ha a le lokolla, o tla hle a le leleke.+ 2 Bolella sechaba hore banna le basali bohle ba kope lintho tsa silevera le tsa khauta ho baahisani ba bona.”+ 3 Jehova a etsa hore Baegepeta ba be mosa ho Baiseraele. Ho feta moo, bahlanka ba Faro le Baegepeta ba ne ba se ba hlompha Moshe.

4 Moshe a re: “Jehova o itse, ‘Hoo e ka bang har’a mpa ea bosiu ke tla kena Egepeta+ 5 ’me matsibolo ’ohle naheng ea Egepeta a tla shoa,+ ho tloha ho letsibolo la Faro ea lutseng teroneng ea hae, ho ea ho letsibolo la lekhoba la mosali le sebetsang leloaleng la letsoho le matsibolo ’ohle a liphoofolo.+ 6 Naheng eohle ea Egepeta, ho tla ba le sello se seholo se e-s’o ka se e-ba teng le seo ho seng mohla se tla ba teng hape.+ 7 Le ntja e ke ke ea bohola Baiseraele kapa liphoofolo tsa bona e le hore le ka tseba hore Jehova a ka etsa hore ho be le phapang pakeng tsa Baegepeta le Baiseraele.’+ 8 Bahlanka bohle ba hao ba tla tla ho ’na ’me ba nkhumamele ba re, ‘Tsamaea, uena le sechaba sohle se u latelang.’+ Ka mor’a moo ke tla tsoa.” Moshe a tloha ho Faro a halefile.

9 Jehova a re ho Moshe: “Faro a ke ke a le mamela+ e le hore mehlolo ea ka e ka eketseha naheng ea Egepeta.”+ 10 Moshe le Arone ba etsa mehlolo ena eohle ka pel’a Faro+ empa Jehova a tlohela Faro hore a be manganga, hoo a sa kang a tlohela Baiseraele hore ba tlohe naheng ea hae.+

12 Jehova a bua le Moshe le Arone naheng ea Egepeta a re: 2 “Ho lona khoeli ena e tla ba ea pele likhoeling tsa selemo.+ 3 Buang le sechaba sohle sa Iseraele le re, ‘Ka letsatsi la leshome la khoeli ena, e mong le e mong a nke nku+ bakeng sa lelapa la hae, ho be le nku bakeng sa ntlo ka ’ngoe. 4 Empa haeba lelapa le le lenyenyane haholo bakeng sa nku, lelapa leo* le bitsetse lelapa le haufi le lona ntlong ea lona hore ba tl’o e kopanela. Ba e arolelane ho ea ka hore na ba bakae. Ha le e arolelana, le lekanyetse hore na e mong le e mong o tla ja nama e kae ea nku eo. 5 Nku ea lona e be e phetseng hantle,+ e tona, e nang le selemo kapa le ka ’na la khetha ho liramo tse nyenyane kapa ho lipoli. 6 Le e hlokomele ho fihlela ka letsatsi la bo14 la khoeli ena+ ’me sechaba sohle sa Iseraele* se e hlabe ha letsatsi le likela.+ 7 Ba nke mali a mang ’me ba a tlotse mahlakoreng a mabeli a kosene le karolong e ka holimo ea monyako matlong ao ba e jellang ho ’ona.+

8 Ba je nama eo bosiung boo.+ Ba e bese mollong ’me ba e je ka bohobe bo se nang tomoso+ le ka meroho e babang.+ 9 Le se ke la ja nama ea eona e le tala, e belisitsoe kapa e phehiloe ka metsi empa le e bese mollong. Le e bese le hlooho ea eona, litlhakoana tsa eona le likahare tsa eona. 10 Le se ke la beha nama leha e le efe ea eona ho fihlela hoseng empa e salang ho fihlela hoseng le e chese mollong.+ 11 Le e je ka tsela ena: Le itlame* ka mabanta, le roale lieta* maotong, le tšoare melamu ea lona matsohong ’me le e je ka potlako. Ke Paseka ea Jehova. 12 Ke tla kena naheng ea Egepeta bosiung bona, ke bolaee matsibolo ’ohle a naha ea Egepeta, a batho le a liphoofolo+ ’me ke tla ahlola melimo eohle ea Egepeta.+ Ke ’na Jehova. 13 Mali e tla ba letšoao la lona matlong ao le leng ho ’ona. Ha ke bona mali ke tla le feta ’me nke ke ka le bolaea ha ke otla naha ea Egepeta.+

14 Letsatsi lena e tla ba sehopotso ho lona ’me le le keteke e le mokete oa Jehova melokong eohle ea lona, le le keteke e le taelo e tla lula e le teng. 15 Le je mahobe a se nang tomoso+ ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la pele le tlose hlama e bolila ka matlung a lona hobane mang kapa mang ea jang ntho e nang le tomoso ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela ho la bosupa o lokela ho bolaoa Iseraele. 16 Ka letsatsi la pele le be le kopano e halalelang ’me ka letsatsi la bosupa, le be le kopano e ’ngoe hape e halalelang. Ha ho na mosebetsi o tla etsoa ka matsatsi ana.+ Ntho e le ’ngoe feela eo le lumeletsoeng ho e etsa ke ho pheha lijo tseo le li hlokang.

17 Le keteke Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso+ hobane ke tla le ntša le le bangata* naheng ea Egepeta ka lona letsatsi lena. Le keteke letsatsi lena melokong eohle ea lona e le taelo e tla lula e le teng. 18 Mantsiboea, ka letsatsi la bo14 la khoeli ea pele, le tla ja bohobe bo se nang tomoso ho fihlela mantsiboea ka letsatsi la bo21 la khoeli.+ 19 Ka matsatsi a supileng ho se ke ha e-ba le hlama e bolila ka matlung a lona. Haeba motho a ja ntho e nang le tomoso ebang ke molichaba kapa Moiseraele,+ a bolaoe sechabeng sa Iseraele.+ 20 Le se ke la ja letho le nang le tomoso. Empa le je mahobe a se nang tomoso matlong ’ohle a lona.’”

21 Ka potlako Moshe a bitsa baholo bohle ba Iseraele+ ’me a re ho bona: “Tsamaeang le e’o khetha liphoofolo tse nyenyane* bakeng sa malapa a lona ’me le hlabe phoofolo ea sehlabelo sa Paseka. 22 Le qopetse makala a hisopa* ka maling a ka beisineng ’me le tlotse karolo e ka holimo ea kosene le mahlakore a eona a mabeli ka mali. Ho se ke ha e-ba le ea mong ho lona ea tsoelang ka ntle ho monyako oa ntlo ea hae ho fihlela hoseng. 23 Ha Jehova a kena naheng ho ea otla Baegepeta ’me a bona mali karolong e ka holimo ea kosene le mahlakoreng a eona a mabeli, Jehova o tla feta monyako oo ’me a ke ke a lumella hore kotlo ea lefu* e kene ka matlung a lona.+

24 Le keteke ketsahalo ena ’me e be molao o tla lula o le teng bakeng sa lona le bara ba lona.+ 25 Ha le kena naheng eo Jehova a tla le fa eona feela joalokaha a boletse, le ’ne le etse mokete ona.+ 26 Ha bara ba lona ba le botsa ba re, ‘Ke hobane’ng ha le keteka mokete oo?’+ 27 Le tla re, ‘Ke sehlabelo sa Paseka ea Jehova, ea fetileng matlo a Baiseraele Egepeta ha a otla Baegepeta empa a tlohela matlo a rona.’”

Sechaba sa khumama ’me sa inamisa lihlooho. 28 Baiseraele ba ea ’me ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe le Arone.+ Ba fela ba etsa joalo.

29 Har’a mpa ea bosiu, Jehova a bolaea matsibolo ’ohle a naheng ea Egepeta,+ ho tloha ho letsibolo la Faro ea neng a lutse teroneng ea hae ho isa ho letsibolo la motšoaruoa ea neng a le teronkong* le matsibolo ’ohle a liphoofolo.+ 30 Faro a tsoha bosiung boo hammoho le bahlanka ba hae bohle le Baegepeta ba bang kaofela. Baegepeta ba ne ba lla haholo hobane ntlong e ’ngoe le e ’ngoe ho ne ho e-na le mofu.+ 31 Hang-hang a bitsa Moshe le Arone+ bosiu eaba o re: “Tsohang le tsoe har’a sechaba sa ka, lona le Baiseraele ba bang. Tsamaeang le e’o sebeletsa Jehova feela joalokaha le boletse.+ 32 Le tsamaee le linku le lipoli tsa lona, le liphoofolo tsa lona tse kholo feela joalokaha le boletse.+ Empa le ’na le ntlhohonolofatse.”

33 Baegepeta ba phehella sechaba hore se tsamaee kapele+ naheng eo ’me ba ne ba re ho sona: “Haeba le sa tsamaee, kaofela ha rona re tla shoa.”+ 34 Baiseraele ba nka hlama ea bona e neng e e-s’o tšeloe tomoso. Ba ne ba jere likotlolo tsa bona tseo ho lubeloang ho tsona mahetleng a bona ’me ba li phuthetse ka liaparo tsa bona. 35 Baiseraele ba etsa seo Moshe a ba boleletseng sona ’me ba kopa Baegepeta lintho tsa silevera, tsa khauta le liaparo.+ 36 Jehova a etsa hore Baegepeta ba be mosa ho Baiseraele, hoo ba ileng ba ba fa lintho tseo ba neng ba li kopa ’me ba nkela Baegepeta lintho tsohle tsa bona.+

37 Baiseraele ba tloha Ramsese+ ba ea Sukothe.+ E ne e le banna ba ka bang 600 000 ba neng ba tsamaea ka maoto, ntle ho bana.+ 38 Hape sehlopha se seholo se tsoakaneng*+ se ile sa tsamaea le bona le liphoofolo tsa bona tse ngata e leng linku, lipoli le liphoofolo tse kholo. 39 Ba pheha hlama eo ba neng ba tlile le eona ha ba tsoa Egepeta ’me ba e etsa mahobe a selika-likoe a se nang tomoso. Ba ne ba sa tšela tomoso ka har’a hlama hobane ba ne ba lelekiloe Egepeta ka potlako hoo ba sa kang ba etsa mefaho.+

40 Ha Baiseraele ba tloha Egepeta,+ ba ne ba se ba qetile lilemo tse 430 e le balichaba.+ 41 Qetellong ea lilemo tse 430 ka lona letsatsi lena, batho bohle ba Jehova ba bangata* ba ile ba tsoa naheng ea Egepeta. 42 Ke bosiu boo ba tla keteka nako eo Jehova a neng a ba ntša naheng ea Egepeta ka eona. Sechaba sohle sa Iseraele se tla rorisa Jehova ka ho keteka bosiu bona melokong eohle ea sona.+

43 Jehova a re ho Moshe le Arone, “Ena ke taelo ea Paseka: Balichaba ba se ke ba ja lijo tsa Paseka.+ 44 Empa haeba motho a rekile lekhoba la monna ka chelete, a le bolotse.+ Ka mor’a moo lekhoba leo le ka li ja. 45 Molichaba le mosebetsi ea hiriloeng ba se ke ba li ja. 46 Li jelloe ka tlung e le ’ngoe. Le se ke la ntšetsa nama leha e le efe ka ntle ho ntlo ’me le se ke la roba masapo leha e le afe a eona.+ 47 Sechaba sohle sa Iseraele se tla e keteka. 48 Haeba ho e-na le molichaba ea lulang le lona ’me a batla ho keteka Paseka ea Jehova, bohle ba batona lelapeng la hae ba bolotsoe. Ka mor’a moo, a ka atamela hore a e keteke ’me o tla ba joaloka Moiseraele. Empa ho se ke ha e-ba le monna ea sa bollang ea tla ja lijo tsa Paseka.+ 49 Ho tla ba le molao o tšoanang bakeng sa Moiseraele le bakeng sa molichaba ea lulang le lona.”+

50 Baiseraele ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe le Arone. Ba fela ba etsa joalo. 51 Ka lona letsatsi leo, Jehova a ntša Baiseraele hammoho le batho ba bona ba bangata* naheng ea Egepeta.

13 Jehova a bua le Moshe a re: 2 “Halaletsang* letsibolo le leng le le leng le letona* bakeng sa ka har’a Baiseraele. Letsibolo le letona le tla hlaha har’a batho le liphoofolo ke la ka.”+

3 Moshe a re ho sechaba: “Hopolang letsatsi lena leo le tsoileng Egepeta ka lona,+ ntlong ea bokhoba hobane Jehova o le ntšitse teng ka letsoho le matla.+ Ho se ke ha jeoa letho le nang le tomoso. 4 Le tsoile Egepeta ka letsatsi lena ka khoeli ea Abibe.*+ 5 Ha Jehova a se a le tlisitse naheng ea Bakanana, Bahethe, Baamore, Baheve le Bajebuse,+ e leng naha eo a hlapanyelitseng baholo-holo ba lona hore o tla le fa eona,+ naha e phallang lebese le mahe a linotši,+ le etse mokete ona ka khoeli ena. 6 Le je bohobe bo se nang tomoso+ ka matsatsi a supileng ’me ka letsatsi la bosupa ho tla ba le mokete oa Jehova. 7 Le je bohobe bo se nang tomoso ka matsatsi a supileng.+ Ho se ke ha fumanoa letho le nang le tomoso ho lona+ kapa hlama e bolila libakeng* tsohle tsa lona. 8 Ka letsatsi leo u tla bolella mora oa hao u re, ‘Ke etsa sena ka lebaka la seo Jehova a nketselitseng sona ha ke tsoa Egepeta.’+ 9 Mokete ona o tla le hopotsa ketsahalo eo joalokaha eka e ngotsoe letsohong la hao le phatleng ea hao*+ e le hore u ka bua ka molao oa Jehova* hobane Jehova o u ntšitse Egepeta ka letsoho le matla. 10 U boloke taelo ena ka nako ea teng selemo le selemo.+

11 Ha Jehova a u tlisa naheng ea Bakanana, e leng naha eo a hlapanyelitseng uena le baholo-holo ba hao hore o tla u fa eona,+ 12 matsibolo* ’ohle a matona e be a Jehova le matsibolo ’ohle a matona a liphoofolo tsa hao. Tse tona ke tsa Jehova.+ 13 U tla lopolla matsibolo ’ohle a litonki ka linku ’me haeba u sa a lopolle, u a robe molala. Hape u tla lopolla matsibolo ’ohle a matona har’a bara ba hao.+

14 Haeba mora oa hao a u botsa hamorao a re, ‘Ke hobane’ng ha u etsa see?’ U tla re ho eena, ‘Jehova o re ntšitse Egepeta ntlong ea bokhoba ka letsoho le matla.+ 15 Ha Faro a e-ba manganga ’me a hana ho re tlohela hore re tsamaee,+ Jehova a bolaea matsibolo ’ohle naheng ea Egepeta, ho tloha ho letsibolo la motho ho ea ho la phoofolo.+ Ke ka lebaka leo re etsetsang Jehova sehlabelo ka matsibolo* ’ohle a matona ’me ka ho etsa joalo re lopolla matsibolo ’ohle a bara ba rona.’ 16 Mokete ona o tla ba joaloka letšoao letsohong la hao le joaloka lebanta le roaloang phatleng*+ hobane Jehova o re ntšitse Egepeta ka letsoho le matla.”

17 Ha Faro a tlohela sechaba hore se tsamaee, Molimo ha aa ka a se tsamaisa ka tsela e fetang naheng ea Bafilista le hoja e ne e le haufi hobane Molimo o ile a re: “Ha sechaba se loantšoa, se ka ’na sa ikoahlaela hore ebe se tsoile Egepeta ’me sa batla ho khutlela teng.” 18 Molimo a etsa hore sechaba se potolohe ka tsela ea lefeella la Leoatle le Lefubelu.+ Baiseraele ba ile ba tloha naheng ea Egepeta ba hlophisehile joaloka lihlopha tsa masole. 19 Hape Moshe a nka masapo a Josefa hobane Josefa o ne a itse ho bara ba Iseraele: “Ha Molimo a le ntša naheng ena, le tsamaee le masapo a ka.”+ Josefa o ile a etsa hore ba hlapanye hore ba tla etsa joalo. 20 Ba tloha Sukothe ’me ba hloma litente Ethame, moeling oa lefeella.

21 Motšehare Jehova o ne a ba etella pele ka leru* ho ba tsamaisa tseleng+ ’me bosiu a ba etella pele ka mollo* ho ba fa leseli e le hore ba khone ho tsamaea bosiu le motšehare.+ 22 Motšehare leru le ne le sa tlohe ka pel’a sechaba le bosiu mollo o ne o sa tlohe ka pel’a sona.+

14 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bolella Baiseraele hore ba khutle ’me ba hlome litente ka pel’a Pihahirothe pakeng tsa Migdole le leoatle, ka pel’a Baale-zefone.+ Le tla hloma litente ka pel’a eona haufi le leoatle. 3 Faro o tla re ka Baiseraele, ‘Ba ntse ba lelera har’a naha ’me ba ferekane. Ha ba na tsela ea ho tsoa lefeelleng.’ 4 Ke tla tlohela Faro hore a be manganga+ ’me o tla ba lelekisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le masole ’ohle a hae+ ’me Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova.”+ Baiseraele ba fela ba etsa joalo.

5 Hamorao morena oa Egepeta a bolelloa hore sechaba se balehile. Hang-hang Faro le bahlanka ba hae ba ikoahlaea ka hore ebe ba tloheletse sechaba hore se tsamaee+ ’me ba re: “Ke hobane’ng ha re entse tjee? Ke hobane’ng ha re lokolotse Baiseraele hore e se ke ea hlola e e-ba makhoba a rona?” 6 A lokisa likariki tsa hae tsa ntoa eaba o tsamaea le batho ba hae.+ 7 A nka likariki tsa ntoa tse khethiloeng tse 600 le likariki tse ling tsohle tsa ntoa tsa Egepeta. Likariki tseo tsohle li ne li palangoe ke banna ba ntoa. 8 Jehova a tlohela Faro morena oa Egepeta hore a be manganga ’me a lelekisa Baiseraele ba neng ba tsamaea ba sa tšoha letho.*+ 9 Baegepeta ba ba lelekisa+ ’me lipere tsohle tsa likariki tsa Faro le banna ba hae ba palameng lipere le masole a hae, ba ne ba se ba le haufi le bona ha ba ntse ba hlomme litente pel’a leoatle, pel’a Pihahirothe ka pel’a Baale-zefone.

10 Ha Faro a atamela, Baiseraele ba bona Baegepeta ba ba lelekisa. Baiseraele ba tšoha haholo eaba ba hoeletsa ho Jehova.+ 11 Ba re ho Moshe: “Na ha ho na mabitla Egepeta ha u re tlisitse moo hore re tl’o shoella lefeelleng?+ Ke hobane’ng ha u re entse tjee? Ke hobane’ng ha u re ntšitse Egepeta? 12 Na ee ha se eona ntho eo re u boleletseng eona Egepeta ha re ne re re u re tlohele re sebeletse Baegepeta? Na ha ho molemo hore re sebeletse Baegepeta ho e-na le ho shoella lefeelleng?”+ 13 Moshe a re ho sechaba: “Le se ke la tšoha.+ E-bang sebete ’me le bone ha Jehova a le pholosa kajeno+ hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, le ke ke la hlola le ba bona hape.+ 14 Jehova o tla le loanela+ ’me lona le tla thola.”

15 Jehova a re ho Moshe: “Ke hobane’ng ha u ntse u hoeletsa ho ’na? Bolella Baiseraele hore ba hlomolle litente. 16 U phahamise molamu oa hao ’me u otlollele letsoho la hao holim’a leoatle u le arole e le hore Baiseraele ba ka feta bohareng ba leoatle moo ho ommeng. 17 Ke tla tlohela Baegepeta hore ba be manganga ’me ba kene ka mor’a bona. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka masole ’ohle a hae, ka likariki tsa hae tsa ntoa le ka banna ba hae ba palameng lipere.+ 18 Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke itlotlisa ka Faro, ka likariki tsa hae tsa ntoa le ka banna ba hae ba palameng lipere.”+

19 Lengeloi la Molimo oa ’nete+ le neng le etella sehlopha sa Iseraele pele la tloha ’me la ea ka mor’a sona. Leru* le neng le le ka pel’a sehlopha seo la tloha, la ema ka mor’a sona.+ 20 La kena pakeng tsa sehlopha sa Baegepeta le sa Baiseraele.+ Leru leo la etsa hore ho be lefifi ka lehlakoreng la Baegepeta empa la etsa hore ho be le khanya ka lehlakoreng la Baiseraele.+ Baegepeta ha baa ka ba atamela Baiseraele bosiu bohle.

21 Moshe a otlollela letsoho holim’a leoatle.+ Jehova a chechisetsa leoatle morao ka moea o matla oa bochabela bosiu bohle, ho etsa hore boliba ba leoatle e be mobu o ommeng+ ’me metsi a arohana.+ 22 Baiseraele ba tšela bohareng ba leoatle moo ho ommeng.+ Metsi a ne a entse lebota ka letsohong la bona le letona le le letšehali.+ 23 Baegepeta ba ba lelekisa ’me lipere tsohle tsa Faro, likariki tsa hae tsa ntoa le banna ba hae ba palameng lipere, ba tla ka mor’a bona ka har’a leoatle.+ 24 Mesong,* Jehova a sheba sehlopha sa Baegepeta a le har’a mollo* le leru+ eaba oa se ferekanya. 25 A ’na a ntša mabili likariking tsa sona hoo se neng se li khanna ka thata ’me Baegepeta ba ne ba re: “A re baleheng hore ho hang re se ke ra kopana le Baiseraele hobane Jehova oa ba loanela.”+

26 Jehova a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao holim’a leoatle e le hore metsi a ka khutlela holim’a Baegepeta, likariking tsa bona tsa ntoa le ho banna ba bona ba palameng lipere.” 27 Hang-hang Moshe a otlollela letsoho holim’a leoatle ’me ha e se e tla ba hoseng, leoatle la khutlela boemong ba lona bo tloaelehileng. Ha Baegepeta ba baleha leoatle, Jehova a ba lihela ka har’a lona.+ 28 Ha metsi a khutla, a koahela likariki tsa ntoa le banna ba palameng lipere le masole ’ohle a Faro le ba ileng ba kena leoatleng ka mor’a bona.+ Ha ho le ea mong oa bona ea ileng a pholoha.+

29 Empa Baiseraele ba tsamaea moo ho ommeng bohareng ba leoatle+ ’me metsi a etsa lebota ka letsohong la bona le letona le ka ho le letšehali.+ 30 Letsatsing leo Jehova a pholosa Baiseraele ho Baegepeta+ ’me Baiseraele ba bona litopo tsa Baegepeta lebopong la leoatle. 31 Ha Baiseraele ba boela ba bona matla a maholo ao Jehova a a sebelisitseng ho felisa Baegepeta, sechaba sa tšaba Jehova le ho lumela ho Jehova le ho mohlanka oa hae Moshe.+

15 Ka nako eo Moshe le Baiseraele ba binela Jehova pina ena:+

“E-re ke binele Jehova kaha o phahame haholo.+

O lahletse pere le mopalami oa eona ka leoatleng.+

 2 Jah* ke matla a ka le bonatla ba ka hobane ke mopholosi oa ka.+

Ke Molimo oa ka ’me ke tla mo rorisa.+ Ke Molimo oa Ntate+ ’me ke tla mo phahamisa.+

 3 Jehova ke mohale ea matla.+ Jehova ke lebitso la hae.+

 4 O lahletse likariki tsa Faro le masole a hae ka leoatleng,+

Masole a hae a matla a tebetse tlase botebong ba Leoatle le Lefubelu.+

 5 Maqhubu a leoatle a ba koahetse. Ba tebetse tlase bolibeng joaloka lejoe.+

 6 Jehova, letsoho la hao le letona le matla haholo.+

Jehova, letsoho la hao le letona le ka thuhakanya sera.

 7 Ka matla a hao a maholo u ka liha ba u loantšang.+

Khalefo ea hao ea tuka, e ba chesa joaloka litlhaka.

 8 Ka phefumoloho e tsoang linkong tsa hao metsi a ile a bokelloa.

Metsi a ema joaloka lebota.

Maqhubu a hoama bohareng ba leoatle.

 9 Sera sa re: ‘Ke tla ba lelekisa. Ke tla ba tšoara.

Ke tla arola thepa e hapuoeng ho fihlela ke khotsofetse

Ke tla hula sabole ea ka. Letsoho la ka le tla ba hlola.’+

10 U butsoetse moea oa hao, leoatle la ba koahela.+

Ba teba joaloka tšepe e boima* metsing a mangata.

11 Ke molimo ofe har’a melimo ea joaloka uena, Jehova?+

Ke mang ea joaloka uena, ea halalelang ka ho fetisisa?+

U lokela ho tšajoa le ho rorisoa ka lipina, uena ea etsang lintho tse makatsang.+

12 U otlollotse letsoho la hao le letona ’me lefatše la ba koenya.+

13 Ka mohau* oa hao u tsamaisitse sechaba seo u se lopolotseng.+

Ka matla a hao u tla se isa sebakeng sa hao sa bolulo se halalelang.

14 Lichaba li tla utloa,+ li tla thothomela.

Baahi ba Filistia ba tla ba mahlomoleng.*

15 Ka nako eo baeta-pele ba Edomo ba tla tšoha haholo,

Babusi* ba matla ba Moabe ba tla thothomela.+

Baahi bohle ba Kanana ba tla nyahama.+

16 Ba tla tšoha ’me ba tšabe.+

E tla ba ba sa sisinyeheng joaloka lejoe ka lebaka la letsoho la hao le matla

Ho fihlela sechaba sa hao se feta, Jehova,

Ho fihlela sechaba seo u se fumaneng+ se feta.+

17 U tla se tlisa ’me u se hlome thabeng* ea hao,+

Sebaka seo u se lokisitseng hore u lule ho sona, Jehova,

Sebaka se halalelang seo matsoho a hao a se tiisitseng, Jehova.

18 Jehova o tla busa e le morena ka ho sa feleng.+

19 Ha lipere tsa Faro le likariki tsa hae tsa ntoa le banna ba hae ba palameng lipere ba kena leoatleng,+

Jehova a khutlisetsa metsi a leoatle holim’a bona+

Empa sechaba sa Iseraele sa tsamaea moo ho ommeng bohareng ba leoatle.”+

20 Moprofeta Miriame, khaitseli ea Arone a letsa moropa o monyenyane o letsohong la hae ’me basali bohle ba mo sala morao ka meropa e menyenyane ba ntse ba tantša. 21 Miriame a arabela pina e neng e binoa ke banna ba Iseraele a re:

“Binelang Jehova kaha o phahame haholo.+

O lahletse pere le mopalami oa eona ka leoatleng.”+

22 Hamorao Moshe a tlosa Baiseraele Leoatleng le Lefubelu ’me ba ea lefeelleng la Shure eaba ba tsamaea lefeelleng ka matsatsi a mararo empa ha baa ka ba fumana metsi. 23 Ba fihla Mara*+ empa ba ne ba sa khone ho noa metsi a teng hobane a ne a baba. Ke ka lebaka leo Moshe a ileng a reha sebaka seo Mara. 24 Batho ba korotlela Moshe+ ba re: “Re tla noa’ng?” 25 Moshe a hoeletsa ho Jehova+ ’me Jehova a mo bontša sefate. Ha a se lahlela ka metsing, metsi a ba monate.

Molimo o ne a etsa sena e le mohlala ho bontša sechaba hore na o lebeletse hore se etse’ng. O ne a se leka ho bona hore na se tla mo mamela kapa che.+ 26 A re: “Haeba le mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lona, le etsa seo a reng se nepahetse ’me le mamela litaelo le melao eohle ea hae,+ nke ke ka le tlisetsa boloetse leha e le bofe boo ke ileng ka bo tlisetsa Baegepeta+ hobane ’na Jehova, kea le folisa.”+

27 Ka mor’a moo, ba fihla Elime moo ho neng ho e-na le liliba tsa metsi tse 12 le lifate tsa palema tse 70. Ba hloma litente moo pel’a metsi.

16 Ka mor’a hore ba tlohe Elime, sechaba sohle sa Baiseraele sa fihla lefeelleng la Sine+ le pakeng tsa Elime le Sinai. Se ile sa fihla ka letsatsi la bo15 la khoeli ea bobeli ka mor’a hore se tsoe naheng ea Egepeta.

2 Sechaba sohle sa Baiseraele sa korotlela Moshe le Arone lefeelleng.+ 3 Baiseraele ba ’na ba re ho bona: “Hoja ra bolaoa ke Jehova naheng ea Egepeta ha re ne re lutse pel’a lipitsa tsa nama,+ re ja bohobe ho fihlela re khotše. Le re tlisitse lefeelleng lena hore phutheho ena eohle e bolaoe ke tlala.”+

4 Jehova a re ho Moshe: “Ke tla le nesetsa bohobe bo tsoang maholimong.+ Batho bohle ba tsoe letsatsi le letsatsi ba e’o thonaka bo ba lekaneng+ e le hore nka leka Baiseraele, ke bone hore na ba tla mamela molao oa ka kapa che.+ 5 Empa ka letsatsi la botšelela,+ ba ka thonaka bohobe bo fetang boo ba hlolang ba bo thonaka matsatsing a mang+ e leng bo tla lekana matsatsi a mabeli ’me ba bo phehe.”

6 Moshe le Arone ba re ho Baiseraele bohle: “Mantsiboea le tla tseba hore ke Jehova ea le ntšitseng naheng ea Egepeta.+ 7 Hoseng le tla bona khanya ea Jehova hobane Jehova o utloile ha le mo korotlela. Rona re bo-mang hore le re korotlele?” 8 Moshe a re: “Ha Jehova a le fa nama hore le e je mantsiboea ’me hoseng a le fa bohobe ho fihlela le khotše, le tla bona hore Jehova o utloile ha le mo korotlela. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona empa le korotlela Jehova.”+

9 Moshe a re ho Arone: “Bolella sechaba sohle sa Baiseraele hore se atamele ka pel’a Jehova hobane o utloile ha se korotla.”+ 10 Hang ha Arone a buile le sechaba sohle sa Iseraele, sechaba sa sheba lefeelleng ’me khanya ea Jehova ea bonahala lerung.+

11 Jehova a bua le Moshe a re: 12 “Ke utloile ha Baiseraele ba korotla.+ Bua le bona u re, ‘Ha letsatsi le likela le tla ja nama, hoseng le je bohobe ho fihlela le khotše+ ’me le tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lona.’”+

13 Mantsiboeeng ao, likoekoe* tsa tla tsa koahela liahelo.+ Hoseng phoka e ne e letse ho potoloha liahelo. 14 Ha phoka e ntse e nyamela, ha e-ba le ntho e tšesaane e foforehang holim’a lefeella,+ e le tšesaane joaloka lehloa holim’a lefatše. 15 Ha Baiseraele ba e bona, ba botsana ba re, “Ntho ee ke’ng?” kaha ba ne ba sa tsebe hore na ke’ng. Moshe a re ho bona: “Ke bohobe boo Jehova a le fileng bona hore le bo je.+ 16 Jehova o fane ka taelo ena, ‘Batho bohle ba nke bohobe boo ba ka khonang ho bo ja. Bakeng sa motho ka mong le lekanye ka sekotlolo se ka etsang lilithara tse peli.*+ Le nke ho ea ka palo ea batho bohle ba ka litenteng tsa lona.’” 17 Baiseraele ba etsa joalo. Ba bo thonaka. Ba bang ba bokella bo bongata ’me ba bang ba bokella bo bonyenyane. 18 Ha ba bo lekanya ka sekotlolo se ka etsang lilithara tse peli,* ea neng a bokelletse bo bongata o ne a sa be le bo salang ’me ea neng a bokelletse bo bonyenyane o ne a sa haelloe.+ Batho bohle ba bokella boo ba ka khonang ho bo ja.

19 Moshe a re ho bona: “Ho se ke ha e-ba le motho ea sieang leha e le bofe ba bona ho fihlela hoseng.”+ 20 Empa ha baa ka ba mamela Moshe. Ha ba bang ba siea bo bong ho fihlela hoseng, bo ne bo tsoa liboko bo bile bo nkha hampe ’me Moshe o ne a ba halefela. 21 Ba ne ba bo thonaka hoseng ho hong le ho hong ’me e mong le e mong o ne a nka boo a ka khonang ho bo ja. Ha letsatsi le chesa bo ne bo qhibiliha.

22 Ka letsatsi la botšelela, ba ne ba nka bohobe ba matsatsi a mabeli+ ka sekotlolo se ka etsang lilithara tse ’nè* bakeng sa motho ka mong. Likhosana tsohle tsa sechaba tsa tla eaba li tlalehela Moshe taba eo. 23 A re ho likhosana tseo: “Jehova o itse hosane e tla ba letsatsi la ho phomola,* ke sabatha e halalelang ea Jehova.+ Le bake bohobe boo le hlokang ho bo baka, le phehe boo le hlokang ho bo pheha+ ’me bohobe bo salang le ipehele bona ho fihlela hoseng.” 24 Ba bo boloka ho fihlela hoseng feela joalokaha Moshe a ne a laetse ’me ha boa ka ba nkha hampe kapa ba tsoa liboko. 25 Moshe a re: “Bo jeng kajeno hobane kajeno ke sabatha ea Jehova. Kajeno le ke ke la bo fumana fatše. 26 Le tla bo thonaka ka matsatsi a tšeletseng empa ka letsatsi la bosupa e leng ka Sabatha,+ bo ke ke ba e-ba teng.” 27 Leha ho le joalo, ba bang har’a sechaba ba ile ba tsoa ka letsatsi la bosupa ho ea bo thonaka empa ha baa ka ba fumana letho.

28 Jehova a re ho Moshe: “Le tla hana ho mamela litaelo tsa ka le melao ea ka ho fihlela neng?+ 29 Le se ke la lebala hore Jehova o le file Sabatha.+ Ke ka lebaka leo a le fang bohobe ba matsatsi a mabeli ka letsatsi la botšelela. Batho bohle ba lule moo ba leng teng. Ho se ke ha e-ba le ea mong ea tlohang sebakeng sa hae ka letsatsi la bosupa.” 30 Sechaba sa boloka Sabatha* ka letsatsi la bosupa.+

31 Sechaba sa Iseraele sa bitsa bohobe boo “manna.”* Bo ne bo le joaloka peo e nyenyane e tšoeu ’me bo ne bo latsoeha joaloka liphaphatha tse nang le mahe a linotši.+ 32 Moshe a re: “Jehova o fane ka taelo ena, ‘Nkang manna le a tlatse ka sekotlolong se ka etsang lilithara tse peli* ’me le a boloke e le hore meloko e tlang e ka bona+ bohobe boo ke ileng ka le fa bona lefeelleng ha ke ne ke le ntša naheng ea Egepeta.’” 33 Moshe a re ho Arone: “Nka nkho ’me ka har’a eona u tšele manna a ka etsang lilithara tse peli* u a behe ka pel’a Jehova ’me le a boloke bakeng sa meloko eohle ea lona.”+ 34 Feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe, Arone a a beha ka pel’a Bopaki+ e le hore a bolokoe. 35 Baiseraele ba ja manna ka lilemo tse 40+ ho fihlela ba fihla naheng e nang le baahi.+ Ba ile ba ja manna ho fihlela ba fihla moo naha ea Kanana e qalang teng.*+ 36 Sekotlolo seo ba neng ba se sebelisa se ne se ka tšela manna a ka etsang lilithara tse peli.*

17 Sechaba sohle sa Baiseraele sa tloha lefeelleng la Sine+ ka mekhahlelo ho ea ka taelo ea Jehova+ ’me sa hloma litente Refidime.+ Empa ho ne ho se na metsi ao sechaba se ka a noang.

2 Sechaba sa qabana le Moshe+ ’me sa re: “Re fe metsi re noe.” Empa Moshe a re ho sona: “Ke hobane’ng ha le qabana le ’na? Ke hobane’ng ha le ntse le leka Jehova?”+ 3 Kaha sechaba se ne se nyoretsoe metsi sa ’na sa korotlela Moshe+ sa re: “Ke hobane’ng ha u re ntšitse Egepeta hore re tl’o bolaoa ke lenyora, rona le bana ba rona le liphoofolo tsa rona?” 4 Qetellong Moshe a hoeletsa ho Jehova a re: “Ke etse’ng ka sechaba see? Se haufi le ho ntlepetsa ka majoe!”

5 Jehova a re ho Moshe: “Fetela ka pel’a sechaba ’me u nke baholo ba bang ba Iseraele le molamu oa hao oo u ileng oa otla Noka ea Nile ka oona.+ U o tšoare ka letsoho ’me u tsamaee. 6 Ke tla be ke eme ka pel’a hao moo lefikeng la Horebe. U otle lefika ’me metsi a tla tsoa ho lona e le hore sechaba se noe.”+ Moshe a etsa joalo moo baholo ba Iseraele ba ntseng ba bona. 7 A reha sebaka seo Masa*+ le Meriba*+ hobane Baiseraele ba ile ba qabana le Moshe moo le hobane ba ile ba leka Jehova+ ka ho botsa hore na Jehova o na le bona kapa che.

8 Baamaleke+ ba tla ’me ba loantša Baiseraele Refilime.+ 9 Moshe a re ho Joshua:+ “Re khethele banna ’me u tsoe u e’o loantša Baamaleke. Hosane ke tla ema holim’a leralla ke tšoere molamu oa Molimo oa ’nete ka letsohong la ka.” 10 Joshua a etsa feela joalokaha Moshe a ne a mo boleletse+ ’me a loantša Baamaleke. Moshe, Arone le Hure+ ba nyolohela holim’a leralla.

11 Baiseraele ba ne ba hlola hafeela Moshe a ne a lula a phahamisitse matsoho a hae empa hang ha a theola matsoho, Baamaleke ke bona ba neng ba hlola. 12 Ha matsoho a Moshe a se a khathetse, ba mo tlisetsa lejoe eaba o lula holim’a lona. Arone le Hure ba tšehetsa matsoho a hae, e mong ka lehlakoreng lena ’me e mong ka lehlakoreng lane e le hore matsoho a hae a ka ema nģa e le ’ngoe ho fihlela letsatsi le likela. 13 Joshua a hlola Amaleke le sechaba sa hae ka sabole.+

14 Jehova a re ho Moshe: “Ngola sena bukeng e le hore se tle se hopoloe ’me u se bolelle Joshua, ‘Ke tla etsa hore Baamaleke ba se ke ba hopoloa ho hang tlas’a maholimo.’”+ 15 Moshe a haha aletare ’me a e reha Jehova-nisi* 16 a re: “Jehova o tla loantša Amaleke ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong+ hobane letsoho la Amaleke le khahlanong le terone ea Jah.”+

18 Jethro moprista oa Midiane, eo Moshe e neng e le mokhoenyana oa hae,+ a utloa ka sohle seo Molimo a se etselitseng Moshe le sechaba sa hae sa Iseraele le hore Jehova o ntšitse Baiseraele Egepeta.+ 2 Jethro* o ne a hlokomela Zipora mosali oa Moshe, ha Moshe a ne a mo khutliselitse habo 3 le bara ba hae ba babeli.+ Moshe o ile a reha e mong oa bona Gershome*+ hobane o ile a re, “Ke bile molichaba naheng e ’ngoe.” 4 A reha e mong Eliezere hobane o ile a re, “Molimo oa Ntate ke mothusi oa ka, ea mpholositseng saboleng ea Faro.”+

5 Jethro, eo Moshe e neng e le mokhoenyana oa hae, le bara ba Moshe le mosali oa hae, ba tla ho Moshe lefeelleng moo a neng a hlomme litente teng thabeng ea Molimo oa ’nete.+ 6 A romela molaetsa ho Moshe a re: “ ’Na Jethro, ntate oa mosali oa hao,+ ke tla ho uena le mosali oa hao le bara ba lona ba babeli.” 7 Hang-hang Moshe a tsoa ho ea khahlanyetsa ntate oa mosali oa hae eaba oa inama ’me oa mo suna. Ba botsana bophelo, ka mor’a moo ba kena ka tenteng.

8 Moshe a qoqela ntate oa mosali oa hae sohle seo Jehova a se entseng ho Faro le ho Baegepeta bakeng sa Baiseraele,+ litsietsi tsohle tse ba hlahetseng tseleng+ le kamoo Jehova a ba pholositseng kateng. 9 Jethro a thabisoa ke lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a li etselitseng Baiseraele ka hore a ba ntše Egepeta. 10 Jethro a re: “Ho rorisoe Jehova, ea le pholositseng Egepeta le ho Faro, le ea lokolotseng sechaba naheng ea Egepeta e neng e se hateletse. 11 Joale kea tseba hore Jehova o moholo ho feta melimo e meng eohle,+ ka lebaka la seo a se entseng ho ba ileng ba ikhohomosetsa sechaba sa hae.” 12 Jethro, ntate oa mosali oa Moshe, a tlisa nyehelo ea secheso le mahlabelo bakeng sa Molimo. Arone le baholo bohle ba Iseraele ba ja lijo le Jethro ka pel’a Molimo oa ’nete.

13 Letsatsing le latelang, Moshe a lula fatše ho ahlola sechaba joalokaha e le tloaelo ’me sechaba sa ’na sa ema ka pel’a Moshe ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea. 14 Ha ntate oa mosali oa Moshe a bona sohle seo a neng a se etsetsa sechaba a re: “Ke hobane’ng ha u etsa ntho ee? Ke hobane’ng ha u lutse moo u le mong ’me batho bohle ba ntse ba tla ba ema ka pel’a hao ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea?” 15 Moshe a re ho ntate oa mosali oa hae: “Lebaka ke hore batho ba ntse ba tla ho ’na ho tla batla tataiso ea Molimo. 16 Ha ho e-ba le nyeoe, e tla ho ’na ’me ke ahlola pakeng tsa bona ebe ke ba tsebisa liqeto tsa Molimo oa ’nete le melao ea hae.”+

17 Ntate oa mosali oa Moshe a re ho eena: “Ena ha se tsela e molemo ea ho sebetsa litaba. 18 Uena le sechaba sena le tla khathala hobane mosebetsi ona o boima ’me u ke ke oa khona ho u jara u le mong. 19 ’Mamele. Ke u fa keletso ’me Molimo o tla ba le uena.+ U be moemeli oa sechaba ka pel’a Molimo oa ’nete+ ’me u tlise linyeoe ka pel’a Molimo oa ’nete.+ 20 U se rute litaelo le melao+ ’me u se tsebise tsela eo se lokelang ho tsamaea ka eona le mosebetsi oo se lokelang ho o etsa. 21 U khethe banna ba ka khonang ho etsa mosebetsi ona har’a sechaba,+ ba tšabang Molimo, banna ba tšepahalang ba hloileng phaello e sa lokang+ ’me u ba behe hore ba okamele sechaba e le balaoli ba ba likete, balaoli ba ba mashome a mahlano le balaoli ba ba mashome.+ 22 Ba ahlole sechaba ha ho e-na le linyeoe.* Ba tlise linyeoe tse boima ho uena+ empa linyeoe tse nyenyane ba li ahlole. Iphokoletse mosebetsi ka ho ba lumella hore ba u thuse ho etsa mosebetsi oo.+ 23 Haeba u etsa ntho ena ’me e le Molimo ea reng u e etse, u tla khona ho mamella boima boo ’me batho bohle ba tla ea hae ba khotsofetse.”

24 Hang-hang Moshe a mamela ntate oa mosali oa hae ’me a etsa sohle seo a se buileng. 25 Moshe a khetha banna ba nang le bokhoni har’a Baiseraele bohle ’me a ba beha hore e be lihlooho tsa sechaba, e be balaoli ba ba likete, balaoli ba ba makholo, balaoli ba ba mashome a mahlano le balaoli ba ba mashome. 26 Ba ne ba ahlola sechaba ha ho e-ba le linyeoe. Tse boima ba ne ba li tlisa ho Moshe+ empa linyeoe tse nyenyane ba ne ba li ahlola. 27 Ka mor’a moo, Moshe a felehetsa ntate oa mosali oa hae+ ’me a tsamaea ho ea naheng ea habo.

19 Ka khoeli ea boraro ka mor’a hore Baiseraele ba tsoe naheng ea Egepeta, ba fihla lefeelleng la Sinai ka letsatsi lona leo. 2 Baiseraele ba tloha Refidime+ ’me ba ea lefeelleng la Sinai ba hloma litente moo ka pel’a thaba.+

3 Moshe a nyolohela ho Molimo oa ’nete ’me Jehova a bua le eena a le thabeng+ a re: “Sena ke seo u tla se bolella ba lelapa la Jakobo le ho se bolella Baiseraele, 4 ‘Le bone seo ke se entseng ho Baegepeta+ le kamoo ke ileng ka le jara ka mapheo a lintsu ’me ka le tlisa ho ’na.+ 5 Haeba le tla ’mamela linthong tsohle ’me le boloke selekane* sa ka, le tla ba thepa ea ka e khethehileng* har’a lichaba tsohle+ hobane lefatše lohle ke la ka.+ 6 Le tla ba ’muso oa baprista le sechaba se halalelang ho ’na.’+ Ana ke mantsoe ao u tla a bolella Baiseraele.”

7 Moshe a bitsa baholo ba sechaba ’me a ba bolella mantsoe ana ’ohle ao Jehova a neng a mo laetse ’ona.+ 8 Ka mor’a moo, sechaba sohle sa araba sa re: “Re ikemiselitse ho etsa sohle seo Jehova a se buileng.”+ Hang-hang Moshe a bolella Jehova hore na sechaba se itse’ng. 9 Jehova a re ho Moshe: “Ke tla ho uena ka leru le letšo e le hore sechaba se utloe ha ke bua le uena le hore kamehla se tle se lumele le ho uena.” Moshe a bolella Jehova seo sechaba se se buileng.

10 Jehova a re ho Moshe: “E-ea ho sechaba ’me u se bolelle hore se itokise kajeno le hosane ’me se hlatsoe liaparo tsa sona. 11 Se itokisetse letsatsi la boraro hobane ka letsatsi leo Jehova o tla theohela holim’a Thaba ea Sinai moo sechaba sohle se ntseng se bona. 12 U sehele sechaba meeli ho potoloha thaba ’me u re ho sona, ‘Hlokomelang hore le se ke la nyolohela thabeng kapa la thetsa moeli oa eona. Motho ea tla thetsa thaba ena o tla bolaoa. 13 Ha ho letsoho le tla thetsa motho eo empa o tla tlepetsoa ka majoe kapa a hlajoe ka metsu.* Ebang ke phoofolo kapa ke motho, a ke ke a phela.’+ Empa ha sechaba se utloa molumo oa lenaka la ramo,+ se ka nyolohela thabeng.”

14 Moshe a theoha thabeng a ea ho sechaba ’me a qala ho hloekisa* sechaba eaba se hlatsoa liaparo tsa sona.+ 15 A re ho sechaba: “Itokisetseng letsatsi la boraro. Le se ke la etsa thobalano le basali.”*

16 Ka letsatsi la boraro hoseng ha e-ba le lialuma le mahalima le leru le leholo+ holim’a thaba le molumo o lerata haholo oa lenaka ’me sechaba sohle se liahelong sa thothomela.+ 17 Moshe a ntša sechaba litenteng ho ea kopana le Molimo oa ’nete ’me sa lula botlaseng ba thaba. 18 Thaba ea Sinai ea kubella mosi ka hohle hobane Jehova o ne a theohetse ho eona ka mollo.+ Mosi oa eona o ne o nyoloha joaloka mosi oa sebopi ’me thaba eohle e ne e thothomela ka matla.+ 19 Ha molumo oa lenaka o ntse o e-ba matla haholo, Moshe a bua ’me lentsoe la Molimo oa ’nete la mo araba.

20 Jehova a theohela holim’a Thaba ea Sinai. Jehova a bitsetsa Moshe holim’a thaba eaba Moshe oa nyoloha.+ 21 Jehova a re ho Moshe: “Theoha o e’o lemosa batho hore ba se ke ba leka ho atamela ho Jehova hore ba mo shebe, ho seng joalo ba tla shoa ka bongata. 22 Baprista ba tlang ho Jehova kamehla ba ke ba itlhoekise e le hore Jehova a se ke a ba bolaea.”+ 23 Moshe a re ho Jehova: “Sechaba ha se khone ho nyolohela Thabeng ea Sinai hobane u ile oa re lemosa oa re, ‘Sehang meeli ho potoloha thaba ’me le e nke e halalela.’”+ 24 Jehova a re ho eena: “Theoha ebe u nyoloha hape u e-na le Arone empa u se ke oa lumella baprista le batho hore ba leke ho atamela ho Jehova e le hore ke se ke ka ba bolaea.”+ 25 Moshe a theohela ho sechaba ’me a se bolella seo Molimo a se buileng.

20 Molimo a bua mantsoe ana ’ohle+ a re:

2 “Ke ’na Jehova Molimo oa hao ea u ntšitseng naheng ea Egepeta ntlong ea bokhoba.+ 3 U se ke oa rapela melimo e meng ntle ho ’na.+

4 U se ke oa iketsetsa setšoantšo kapa ntho leha e le efe e tšoanang le ntho e holimo maholimong kapa e tlase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše.+ 5 U se ke oa li inamela kapa oa li sebeletsa*+ hobane ’na Jehova Molimo oa hao, ke Molimo ea batlang hore batho ba inehele ho ’na feela,+ ea fanang ka kotlo ho bara ka lebaka la liphoso tsa bo-ntate ba bona, ho moloko oa boraro le moloko oa bone oa ba ntlhoileng. 6 Empa ke bontša mosa* melokong e sekete ea ba nthatang ’me ba mamela litaelo tsa ka.+

7 U se ke oa sebelisa lebitso la Jehova Molimo oa hao hampe+ hobane Jehova o tla otla motho ea sebelisang lebitso la hae hampe.+

8 Hopola letsatsi la Sabatha ’me u le nke le halalela.+ 9 U etse mosebetsi oohle oa hao ka matsatsi a tšeletseng+ 10 empa letsatsi la bosupa ke sabatha ea Jehova Molimo oa hao. U se ke oa etsa mosebetsi leha e le ofe, uena kapa mora oa hao kapa morali oa hao kapa lekhoba la hao la monna kapa la mosali kapa phoofolo ea hao kapa molichaba oa hao ea lulang ka har’a motse.*+ 11 Ka matsatsi a tšeletseng Jehova o ile a etsa maholimo le lefatše, leoatle le lintho tsohle tse ho tsona ’me a phomola ka letsatsi la bosupa.+ Ke ka lebaka leo Jehova a ileng a hlohonolofatsa letsatsi la Sabatha ’me a etsa hore le halalele.

12 Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao+ e le hore u ka phela nako e telele naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona.+

13 U se ke oa bolaea.+

14 U se ke oa feba.+

15 U se ke oa utsoa.+

16 U se ke oa bua leshano ha u tl’o fana ka bopaki ka motho e mong.+

17 U se ke oa lakatsa ntlo ea motho e mong. U se ke oa lakatsa mosali oa motho e mong,+ lekhoba la hae la monna kapa la mosali, poho ea hae, tonki ea hae kapa ntho leha e le efe ea motho e mong.”+

18 Sechaba sohle se ne se utloa lialuma le molumo oa lenaka ’me se bona lehalima le thaba e kubellang mosi. Ha sechaba se utloa se bile se bona lintho tsena, sa thothomela ’me sa emella holenyana.+ 19 Sechaba sa re ho Moshe: “Bua le rona re tla mamela empa Molimo a se ke a bua le rona hobane re tšaba hore re tla shoa.”+ 20 Moshe a re ho sechaba: “Le se ke la tšoha hobane Molimo oa ’nete o tlile ho tla le leka+ e le hore le ’ne le mo tšabe le tle le se ke la etsa sebe.”+ 21 Sechaba sa ’na sa emella holenyana empa Moshe a atamela haufi le leru le letšo moo Molimo oa ’nete a neng a le teng.+

22 Jehova a re ho Moshe: “Sena ke seo u tla se bolella Baiseraele, ‘Le bone hore ke buile le lona ke le leholimong.+ 23 Le se ke la iketsetsa melimo ea silevera kapa ea khauta+ hobane ha lea lokela ho ba le melimo e meng ntle ho ’na. 24 Le nketsetse aletare ea mobu ’me holim’a eona le etse mahlabelo a lona a linyehelo tsa secheso le mahlabelo a lona a kopanetsoeng.* Le a etse ka linku, lipoli le likhomo. Ke tla tla ho lona libakeng tsohle tseo ke tla khetha hore ke rapeloe ho tsona*+ ’me ke le hlohonolofatse. 25 Haeba le nketsetsa aletare ea majoe, le se ke la e haha ka majoe a betliloeng ka lithulusi+ hobane haeba le ka sebelisa chesele* ho eona, le tla e silafatsa. 26 Le se ke la hloella aletareng ea ka ka litepisi e le hore litho tsa lona tse sephiring* li se ke tsa pepeseha holim’a eona.’

21 Ena ke melao eo u tla ba bolella eona:+

2 Haeba u reka lekhoba la Moheberu,+ e tla ba lekhoba ka lilemo tse tšeletseng empa ka selemo sa bosupa, le tla lokolloa le sa patale letho.+ 3 Haeba le tlile le le leng, le tla tloha le le leng. Empa haeba le e-na le mosali, le tla tsamaea le mosali oa lona. 4 Haeba mong’a lona a le file mosali ’me mosali eo a le tsoalletse bara kapa barali, mosali le bana ba lekhoba leo e tla ba ba mong’a lona ’me lekhoba leo le tla tsamaea le le leng.+ 5 Empa haeba lekhoba le ikopela le re, ‘Ke rata mong’a ka, mosali oa ka le bana ba ka, ha ke batle ho lokolloa,’+ 6 mong’a lona a le tlise ka pel’a Molimo oa ’nete. Ka mor’a moo, a le emise pel’a lemati kapa pel’a kosene ea monyako ebe o le phunya tsebe ka elese* ’me e tla ba lekhoba la hae bophelo bohle ba lona.

7 Haeba monna a rekisa morali oa hae hore e be lekhoba, morali eo a ke ke a lokolloa ka tsela eo lekhoba la monna le lokolloang ka eona. 8 Haeba mong’a hae a sa khahloe ke eena ’me a sa mo khethe hore e be serethe* sa hae empa a etsa hore a rekoe ke motho e mong,* a ke ke a ba le tokelo ea ho mo rekisetsa balichaba hobane o mo etselitse bolotsana. 9 Haeba a mo khethela mora oa hae, a mo tšoare joaloka morali oa hae. 10 Haeba mora* a inkela mosali e mong hape, a se ke a fokoletsa mosali oa pele lijo, liaparo le tokelo ea hae ea lenyalo.+ 11 Haeba a ke ke a mo fa lintho tsena tse tharo, joale a tsamaee a sa patala letho.

12 Mang kapa mang ea otlang motho ’me motho eo a shoa, o tla bolaoa.+ 13 Empa haeba a mo bolaile ka phoso ’me Molimo oa ’nete a lumella hore ho etsahale joalo, ke tla le lokisetsa sebaka seo a ka balehelang ho sona.+ 14 Haeba motho a halefela oa habo haholo ’me a mo bolaea ka boomo,+ motho eo o lokela ho shoa le haeba taba eo e bolela hore le lokela ho mo tlosa aletareng ea ka.+ 15 Ea otlang ntate oa hae kapa ’mè oa hae o lokela ho bolaoa.+

16 Haeba motho a koetela motho e mong+ ’me a mo rekisa kapa a fumanoa ho eena,+ o lokela ho bolaoa.+

17 Mang kapa mang ea rohakang* ntate oa hae kapa ’mè oa hae o lokela ho bolaoa.+

18 Haeba batho ba qabana ’me e mong a otla oa habo ka lejoe kapa ka setebele* ’me a sa shoe empa a lemala ’me a tlameha ho robala betheng ea hae, ho etsoe sena: 19 Haeba a ka khona ho ema le ho tsamaea ka ntle ka molamu oa hae, ea mo otlileng a ke ke a fuoa kotlo. O tla patala motho ea lemetseng bakeng sa nako eo a sa khoneng ho ea mosebetsing ka eona feela, ho fihlela motho eo a folile ka hohle-hohle.

20 Haeba motho a otla lekhoba la hae la monna kapa la mosali ka molamu ’me lekhoba leo le shoa ha a ntse a le otla,* mong’a lona o lokela ho fuoa kotlo.+ 21 Leha ho le joalo, haeba le ka phela letsatsi le le leng kapa a mabeli, mong’a lona a se ke a fuoa kotlo hobane o le rekile ka chelete ea hae.

22 Haeba banna ba loana ’me ba ntša mosali oa moimana kotsi ’me a beleha pele ho nako*+ empa eena le ngoana oa hae ba sa shoe,* motho ea molato a patale litšenyehelo tseo monna oa mosali eo a tla mo batla tsona. A li patale ho ea ka qeto e entsoeng ke baahloli.+ 23 Empa haeba mosali eo kapa ngoana oa hae a shoa, joale ’molai a fane ka bophelo bakeng sa bophelo,*+ 24 leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino, letsoho bakeng sa letsoho, leoto bakeng sa leoto,+ 25 ho chesoa bakeng sa ho chesoa, leqeba bakeng sa leqeba, kotlo bakeng sa kotlo.

26 Haeba motho a otla leihlo la lekhoba la hae la monna kapa la mosali ’me a le lematsa, a lokolle lekhoba leo hore le tsamaee e le tefo bakeng sa leihlo la lona.+ 27 Haeba a ntša leino la lekhoba la hae la monna kapa la mosali, o tla lokolla lekhoba leo hore le tsamaee e le ho patala leino la lona.

28 Haeba poho e hlaba monna kapa mosali ’me a shoa, poho eo e tlepetsoe ka majoe ho fihlela e shoa+ ’me nama ea eona e se ke ea jeoa. Empa mong’a poho a ke ke a fuoa kotlo. 29 Empa haeba poho e ne e tloaetse ho hlaba batho ’me mong’a eona a ile a lemosoa empa a sa ka a e hlokomela ’me e bolaile monna kapa mosali, poho eo e tlepetsoe ka majoe ’me mong’a eona le eena a bolaoe. 30 Haeba mong’a poho a kopuoa hore a patale* e le hore a se ke a bolaoa, a patale chelete eo ho thoeng a e patale. 31 Ebang e hlabile moshanyana kapa ngoanana, mong’a poho o lokela ho ahloloa ho latela melao ena. 32 Haeba poho eo e hlabile lekhoba la monna kapa la mosali, mong’a poho o tla patala mong’a lekhoba leo likotoana* tsa silevera tse 30 ’me poho eo e tlepetsoe ka majoe ho fihlela e shoa.

33 Haeba motho a koaholla sekoti kapa a se cheka ’me a sa se koahele ’me poho kapa tonki e oela ka har’a sona, 34 mong’a sekoti o tla patalla+ phoofolo e shoeleng. A fe mong’a phoofolo eo chelete ’me phoofolo e shoeleng e be ea hae. 35 Haeba poho ea motho e mong e lematsa poho ea e mong ’me e shoa, ba rekise poho e phelang ’me ba arolelane chelete e patetsoeng bakeng sa eona. Ba arolelane le phoofolo e shoeleng. 36 Kapa haeba ho ne ho tsejoa hore poho eo e ne e tloaetse ho hlaba liphoofolo tse ling empa mong’a eona a sa e lebele, a patale ka poho bakeng sa poho ’me e shoeleng e be ea hae.

22 Haeba motho a utsoa poho kapa nku ’me a e hlaba kapa a e rekisa, bakeng sa poho e le ’ngoe a patale ka lipoho tse hlano ’me bakeng sa nku e le ’ngoe a patale ka linku tse ’nè.+

2 (Haeba lesholu+ le fumanoa le thuha ’me le otloa le bile le shoa, motho ea le bolaileng a ke ke a ba le molato oa mali. 3 Empa haeba seo se etsahala motšehare, motho ea le bolaeang o tla ba le molato oa mali.)

Lesholu le patalle molato oa lona. Haeba le se na letho, le tla rekisoa bakeng sa lintho tseo le li utsoitseng. 4 Haeba liphoofolo tseo lesholu leo le li utsoitseng li fumanoa ho lona li ntse li phela ebang ke poho kapa ke tonki kapa ke nku, le li patale habeli.

5 Haeba motho a fulisa liphoofolo tsa hae tšimong kapa serapeng sa morara ’me a li tlohela hore li fule tšimong ea motho e mong, a patale motho eo ka lijalo tse ntle ka ho fetisisa tsa tšimo ea hae kapa ka litholoana tse ntle ka ho fetisisa tsa serapa sa hae sa morara.

6 Ha mollo o fihla lifateng tsa meutloa ’me o chesa mangata kapa koro* e e-s’o kotuloe kapa tšimo, motho ea o qalileng a patale lintho tse cheleng.

7 Haeba motho a fa oa habo chelete kapa lintho tse itseng hore a li boloke ho eena ’me li utsuoa ntlong ea hae, ha lesholu le fumanoa, le patale lintho tseo habeli.+ 8 Haeba lesholu le sa fumanoe, mong’a ntlo a tlisoe ka pel’a Molimo oa ’nete+ ho bona hore na ebe ha se eena ea utsoitseng* thepa ea oa habo. 9 Neng kapa neng ha motho a qosa e mong ka hore o nkile lintho tsa hae ebang ke poho, tonki, nku, seaparo kapa ntho leha e le efe e lahlehileng, ka bobeli ba hlahe ka pel’a Molimo oa ’nete+ e le hore ho tsebahale hore na mong’a lintho ke mang. Molimo o tla bolela hore na ke mang ea molato ’me motho eo a patale oa habo habeli.+

10 Haeba motho a fa oa habo tonki, poho, nku kapa phoofolo leha e le efe hore a e hlokomele ’me e shoa kapa e holofala kapa masholu a e nka ho se na motho ea shebileng, 11 ba le babeli ba ee ho baahloli ’me motho ea neng a fuoe phoofolo hore a e hlokomele a hlapanye ka pel’a Jehova hore ha aa nka thepa ea oa habo ’me mong’a eona a amohele hore ho joalo. Motho eo a se ke a li patala.+ 12 Empa haeba liphoofolo li utsoitsoe ho eena, a patale mong’a tsona. 13 Haeba e harotsoe ke phoofolo e hlaha, a e tlise e le bopaki. A ke ke a patala ntho e harotsoeng ke phoofolo e hlaha.

14 Empa haeba motho a alima phoofolo ho oa habo ’me e holofala kapa e shoa mong’a eona a le sieo, motho ea e alimmeng a e patale. 15 Haeba mong’a eona a le teng, a ke ke a e patala. Haeba e ne e hiriloe, e pataloe ka chelete eo e neng e hiriloe ka eona.

16 Haeba monna a qhekanyetsa moroetsana* ea sa lebeletsoang ’me a robala le eena, a mo ntšetse mahali ’me e be mosali oa hae.+ 17 Haeba ntate oa hae a hana ho mo fa eena, monna eo o ntse a lokela ho patala chelete e lekanang le ea ho ntša mahali.

18 U se ke oa tlohela moloi* hore a phele.+

19 Mang kapa mang ea etsang thobalano le phoofolo a bolaoe.+

20 Mang kapa mang ea etsetsang melimo e meng mahlabelo haese Jehova feela a bolaoe.+

21 Le se ke la tšoara balichaba hampe kapa la ba hatella+ hobane le lona le ne le le balichaba naheng ea Egepeta.+

22 Le se ke la hlorisa mohlolohali leha e le ofe kapa khutsana.*+ 23 Haeba u ka ba hlorisa ebe ba llela ho ’na, ke tla utloa sello sa bona,+ 24 ke tla halefa haholo ’me ke tla le bolaea ka sabole. Basali ba lona e tla ba bahlolohali ’me bana ba lona e tla ba ba se nang bo-ntate.

25 Haeba u alima motho ea futsanehileng* chelete sechabeng sa ka, ho eena u se ke oa tšoana le motho ea batlang tsoala ha a alimana ka chelete. U se ke oa mo patalisa tsoala.+

26 Haeba u nka seaparo sa oa heno hore a tle a u patale,+ u se khutlisetse ho eena ha letsatsi le likela. 27 Ke sona feela seaparo sa hae. Ke seaparo sa hae se koahelang ’mele* oa hae. O tla robala ka eng?+ Ke tla mo utloa ha a llela ho ’na kaha ke na le kutloelo-bohloko.*+

28 U se ke oa rohaka Molimo+ kapa oa rohaka khosana* ea sechaba sa heno.+

29 Le se ke la tsila-tsila ho etsa mahlabelo ka lintho tsa lona tse ngata tseo le li kotutseng le ka lintho tse tšolohang lihatelong* tsa lona.+ Le mphe matsibolo a bara ba lona.+ 30 Sena ke seo u lokelang ho se etsa ka poho ea hao le ka nku ea hao:+ E tla qeta matsatsi a supileng le ’mè oa eona. U mphe eona ka letsatsi la borobeli.+

31 Le be batho ba halalelang ho ’na+ ’me le se ke la ja nama ea ntho leha e le efe e harotsoeng ke phoofolo e hlaha.+ Empa le e akhelle lintja.

23 U se ke oa bolela tlaleho eo e seng ea ’nete.+ U se ke oa thusa ea khopo ka ho fana ka bopaki ba leshano.*+ 2 U se ke oa latela bongata hore u etse bobe ’me u se ke oa fana ka bopaki bo sothang toka hore u be ka lehlakoreng la bongata.* 3 U se ke oa ba le khethollo nyeoeng ea motho ea futsanehileng.+

4 Haeba u kopana le poho kapa tonki ea sera sa hao e hlahlathela, u e khutlisetse ho sona.+ 5 Haeba u bona hore tonki ea motho ea u hloileng e oele ka lebaka la moroalo oa eona o boima, u se ke oa iphapanyetsa eona ’me oa tsamaea. U mo thuse ho lokolla phoofolo eo.+

6 U se ke oa sotha kahlolo nyeoeng ea mofutsana oa heno.+

7 U se ke oa kenella ha motho e mong a qosoa ka leshano ’me u se ke oa bolaea ea lokileng le ea hlokang molato hobane nke ke ka re ea khopo o lokile.*+

8 U se ke oa amohela tjotjo hobane tjotjo e etsa hore batho ba iphapanyetse se nepahetseng ’me e ka etsa hore batho ba lokileng ba fetole liqeto tsa bona tse nepahetseng.+

9 Le se ke la hatella balichaba hobane lea tseba hore na ho joang ho ba molichaba* kaha le ne le le balichaba naheng ea Egepeta.+

10 Le jale peo masimong a lona ’me le bokelle seo le se kotutseng ho ’ona ka lilemo tse tšeletseng.+ 11 Empa ka selemo sa bosupa lea tlohele a sa lengoa ’me le se ke la etsa letho ho ’ona. Batho ba futsanehileng ho batho ba habo lona ba tla ja ho ’ona, tseo bafutsana ba li siileng li tla jeoa ke liphoofolo tsa naha. Ke seo le lokelang ho se etsa ka lirapa tsa lona tsa morara le meru ea lona ea mohloaare.

12 U tla etsa mosebetsi oa hao ka matsatsi a tšeletseng. Empa ka letsatsi la bosupa u se ke oa sebetsa e le hore poho ea hao le tonki ea hao li ka phomola le hore mora oa lekhoba la hao la mosali le molichaba ba ka ikhatholla.+

13 Le etse bonnete ba hore le etsa lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona+ ’me le se ke la bolela mabitso a melimo e meng. Mabitso ao ha a se ke a utluoa melomong ea lona.+

14 Le tla nketsetsa mokete hararo ka selemo.+ 15 Le tla keteka Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso.+ Le tla ja mahobe a se nang tomoso ka matsatsi a supileng feela joalokaha ke le laetse, ka nako e behiloeng ka khoeli ea Abibe*+ hobane le ile la tsoa Egepeta ka nako eo. Ho se ke ha e-ba le motho ea tlang ho ’na a sa nka letho.+ 16 Hape le keteke Mokete oa Kotulo* ea lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng tsa mesebetsi ea lona, tsa seo le se jetseng masimong.+ Ha selemo se fela le keteke Mokete oa ho Bokella,* ha le bokella lintho tseo le li jetseng masimong.+ 17 Banna bohle ba lona ba hlahe ka pel’a Morena oa ’nete Jehova ka makhetlo a mararo ka selemo.+

18 Ha u nketsetsa sehlabelo u se ke oa fana ka mali le ntho leha e le efe e nang le tomoso. Mahlabelo a mafura a entsoeng meketeng ea ka a se ke a qeta bosiu bohle ho fihlela hoseng.

19 U tlise lihlahisoa tsa pele tse ntle ka ho fetisisa tse butsoitseng tse tsoang mobung ka tlung ea Jehova Molimo oa hao.+

U se ke oa pheha potsanyane ka lebese la ’m’a eona.+

20 Ke romela lengeloi hore le le etelle pele+ ho le lebela tseleng ’me le le tlise sebakeng seo ke se lokisitseng.+ 21 Le mamele lengeloi leo. Le se ke la le fetohela hobane le ke ke la tšoarela liphoso tsa lona+ kaha lebitso la ka le ho lengeloi leo. 22 Leha ho le joalo, haeba le le mamela ka tieo ’me le etsa lintho tsohle tseo ke li buang, ke tla ba sera ho lira tsa lona ’me ke hanyetse ba le hanyetsang. 23 Lengeloi la ka le tla le etella pele ’me le le tlise ho Baamore, Bahethe, Bapereze, Bakanana, Baheve le Bajebuse ’me ke tla ba felisa.+ 24 Le se ke la inamela melimo ea bona kapa la e sebeletsa* ’me le se ke la etsisa mekhoa ea bona.+ Le e felise le be le lihe lipilara tsa eona tse halalelang.+ 25 Le sebeletse Jehova Molimo oa lona+ ’me o tla hlohonolofatsa bohobe ba lona le metsi a lona.+ Ke tla tlosa maloetse har’a lona.+ 26 Basali ba naheng ea lona ba ke ke ba senyeheloa ha ba imme kapa ea e-ba basali ba sa khoneng ho ba le bana*+ ’me ke tla etsa hore le phele nako e telele.

27 Ke tla etsa hore lira tsa lona li ntšabe le pele le fihla ho tsona+ ’me ke tla ferekanya lichaba tsohle tseo le tla kopana le tsona. Ke tla etsa hore le hlole lira tsohle tsa lona li be li le balehe.+ 28 Le pele le fihla, ho nyahama*+ ho tla leleka Baheve, Bakanana le Bahethe.+ 29 Nke ke ka ba leleka kaofela ka nako e le ’ngoe* e le hore naha e se ke ea sala e se na baahi le hore liphoofolo tse hlaha li se ke tsa ata ’me tsa le lematsa.+ 30 Ke tla ba leleka hanyane ka hanyane ka pel’a lona ho fihlela le ata ’me naha e e-ba ea lona.+

31 Ke tla beha moeli oa lona ho tloha Leoatleng le Lefubelu ho ea leoatleng la Bafilista le ho tloha lefeelleng ho ea Nokeng*+ hobane ke tla etsa hore le hlole lichaba tseo ’me le tla li leleka ka pel’a lona.+ 32 Le se ke la etsa tumellano le tsona kapa le melimo ea tsona.+ 33 Ha baa lokela ho lula naheng ea lona e le hore ba se ke ba etsa hore le ntšiteloe. Haeba le sebeletsa melimo ea bona, lintho li ke ke tsa le tsamaela hantle.”*+

24 Jehova a re ho Moshe: “Nyolohela thabeng uena le Arone, Nadabe le Abihu+ le baholo ba Iseraele ba 70 ’me le iname le sa le holenyana. 2 Moshe a atamele Jehova a le mong. Ba bang ba se ke ba atamela. Sechaba ha sea lokela ho nyoloha le eena.”+

3 Moshe a tla eaba o bolella sechaba mantsoe ’ohle a Jehova le melao+ eohle ea hae ’me sechaba sohle sa araba ka lentsoe le le leng sa re: “Lintho tsohle tseo Jehova a li buileng re ikemiselitse ho li etsa.”+ 4 Moshe a ngola mantsoe ’ohle a Jehova.+ A tsoha hoseng haholo eaba o haha aletare botlaseng ba thaba. A haha le lipilara tse 12 tse lekanang le maloko a 12 a Iseraele. 5 Ka mor’a moo, a romela bahlankana ba Baiseraele, ba nyehela linyehelo tsa secheso ’me ba hlabela Jehova lipoho e le mahlabelo a kopanetsoeng.+ 6 Moshe a nka halofo ea mali a e tšela ka har’a likotlolo ’me a fafatsa halofo ea mali holim’a aletare. 7 A nka buka ea selekane,* a e balla sechaba.+ Eaba se re: “Sohle seo Jehova a se boletseng re ikemiselitse ho se etsa ’me re tla mo mamela.”+ 8 Moshe a nka mali ’me a fafatsa sechaba+ ka ’ona eaba o re: “Ana ke mali a selekane seo Jehova a se entseng le lona. Selekaneng sena le lumetse hore le tla mamela mantsoe ana ’ohle.”+

9 Moshe le Arone, Nadabe le Abihu le baholo ba 70 ba Iseraele ba nyoloha 10 ’me ba bona Molimo oa Iseraele.+ Tlas’a maoto a hae ho ne ho e-na le ntho e bonahalang eka ke matlapa a safire ’me e ne e hloekile joaloka maholimo.+ 11 Ha aa ka a lematsa banna bao ba hlomphehang ba Iseraele+ ’me ba ile ba bona pono ea Molimo oa ’nete eaba baa ja ’me baa noa.

12 Jehova a re ho Moshe: “Nyolohela ho ’na thabeng ’me u lule teng. Ke tla ngola molao le taelo matlapeng ke be ke u fe ’ona e le hore ke ba rute.”+ 13 Moshe a tsamaea le Joshua mosebeletsi oa hae+ ’me Moshe a nyolohela thabeng ea Molimo oa ’nete.+ 14 Empa o ne a ile a re ho baholo ba Iseraele: “Le re emele mona ho fihlela re khutlela ho lona.+ Arone le Hure+ ba na le lona. Mang kapa mang ea nang le nyeoe a ka ea ho bona.”+ 15 Moshe a nyolohela thabeng ha leru le ntse le e koahetse.+

16 Khanya ea Jehova+ ea ’na ea lula holim’a Thaba ea Sinai+ ’me leru la e koahela ka matsatsi a tšeletseng. Ka letsatsi la bosupa a bitsa Moshe a le har’a leru. 17 Ho Baiseraele ba neng ba shebile, ponahalo ea khanya ea Jehova e ne e tšoana le mollo o timetsang holim’a thaba. 18 Moshe a kena har’a leru ’me a nyolohela thabeng.+ Moshe a lula thabeng matsatsi a 40 le masiu a 40.+

25 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bolella sechaba sa Iseraele hore se ntlisetse monehelo o tsoang ho batho bohle bao lipelo tsa bona li ba susumelletsang hore ba mphe oona.+ 3 Ona ke monehelo oo le tla o amohela ho bona: khauta,+ silevera,+ koporo,+ 4 khoele e putsoa,* ulu e pherese,* lesela le lefubelu,* line ea boleng bo botle, boea ba poli, 5 matlalo a liramo a fetotsoeng ’mala hore a be mafubelu, matlalo a liqibi,* lifate tsa leoka,+ 6 oli bakeng sa mabone,+ balsame bakeng sa oli e halalelang*+ le libano tse nkhang hamonate+ 7 le majoe a onikse le majoe a mang a tla hlongoa holim’a efoda*+ le mokotlaneng oa sefuba.+ 8 Ba nketsetse sehalalelo ’me ke tla lula har’a bona.+ 9 Le tla etsa tabernakele le thepa eohle ea eona le latela hantle mohlala oo ke u bontšitseng oona.+

10 Ba etse areka* ka sefate sa leoka, e bolelele bo ka holimonyana ho mithara* le bophara ba lisenthimithara tse ka bang 67* le bophahamo ba lisenthimithara tse ka bang 67.+ 11 U e koahele ka khauta e hloekileng.+ U tla e koahela ka ntle le ka hare ’me u etse mokhabiso oa khauta ho e potoloha.+ 12 U e etsetse lireng tse ’nè tsa khauta ’me u li khomaretse ka holim’a maoto a eona a mane, lireng tse peli li be ka lehlakoreng lena ’me lireng tse ling tse peli li be ka lehlakoreng lane. 13 U etse lipalo ka sefate sa leoka ’me u li koahele ka khauta.+ 14 U tla kenya lipalo ka har’a lireng mahlakoreng a Areka e le hore u jare Areka ka tsona. 15 Lipalo li tla lula masobeng a lireng tsa Areka. Li se ke tsa tlosoa ho eona.+ 16 U tla beha Bopaki boo ke tla u fa bona ka Arekeng.+

17 U etse sekoahelo sa khauta e hloekileng, se bolelele bo ka holimonyana ho mithara* ’me bophara ba sona e be lisenthimithara tse ka bang 67.*+ 18 U etse likerubime tse peli tsa khauta. U li etse ka khauta e tutsoeng ka hamore lintlheng tse peli tsa sekoahelo.+ 19 U etse likerubime lintlheng tse peli, kerubime e ’ngoe e be ntlheng ena ’me e ’ngoe e be ntlheng eane ea sekoahelo. 20 Likerubime li otlollele mapheo a tsona a mabeli holimo. Li koahele sekoahelo ka mapheo a tsona+ lihlooho tsa tsona li shebane. Lifahleho tsa likerubime li tla sheba sekoahelong. 21 U behe sekoahelo+ holim’a Areka ’me ka har’a Areka u behe Bopaki boo ke tla u fa bona. 22 Ke tla itlhahisa ho uena moo ’me ke bue le uena ke le holim’a sekoahelo.+ Ke tla u tsebisa lintho tsohle tseo ke tla u laela tsona bakeng sa Baiseraele, ke le pakeng tsa likerubime tse peli tse holim’a areka ea Bopaki.

23 U boele u etse tafole+ ka sefate sa leoka, bolelele ba eona e be bo ka etsang mithara,* bophara ba eona e be lisenthimithara tse ka bang 45* ’me bophahamo ba eona e be lisenthimithara tse ka bang 67.*+ 24 U e koahele ka khauta e hloekileng ’me u e etsetse mokhabiso oa khauta ho e potoloha. 25 U e etsetse foreimi e bophara ba lisenthimithara tse ka bang supa* ho e potoloha ’me u etsetse foreimi mokhabiso oa khauta ho e potoloha. 26 U e etsetse lireng tse ’nè tsa khauta ’me u behe lireng tseo lik’honeng tse ’nè, moo maoto a mane a leng hona teng. 27 Lireng li be haufi le foreimi e le hore li kenye lipalo bakeng sa ho jara tafole. 28 U etse lipalo ka sefate sa leoka, u li koahele ka khauta ’me ba jare tafole ka tsona.

29 U etse le lijana, likopi, lijeke le likotlolo tsa tafole tseo ba tla tšela linyehelo tsa lino ka tsona. U li etse ka khauta e hloekileng.+ 30 U tla beha bohobe ba pontšo holim’a tafole ka pel’a ka kamehla.+

31 U etse seluloana sa lebone+ ka khauta e hloekileng. Seluloana sa lebone se etsoe ka khauta e tutsoeng ka hamore. Bokatlase ba sona, kutu ea sona, makala a sona, likhakeletsi tsa sona, likotola tsa sona le lithunthung tsa sona e tla ba ntho e le ’ngoe.+ 32 Makala a tšeletseng a hlahelle mahlakoreng a seluloana sa lebone, makala a mararo a be ka lehlakoreng lena ’me makala a mang a mararo a be ka lehlakoreng lane. 33 Likhakeletsi tse tharo tse bopehileng joaloka lipalesa tsa almonde li be sehlopheng se le seng sa makala, li be le likotola le lithunthung tse latellanang ’me likhakeletsi tse tharo tse bopehileng joaloka lipalesa tsa almonde li be sehlopheng se seng sa makala, li be le likotola le lithunthung tse latellanang. Ena ke tsela eo makala a tšeletseng a tla hlahella ka eona kutung ea seluloana sa lebone. 34 Kutung ea seluloana sa lebone ho na le likhakeletsi tse ’nè tse bopehileng joaloka lipalesa tsa almonde ’me likotola tsa sona le lithunthung tsa sona lia latellana. 35 Kotola e tla ba tlas’a makala a mabeli a qalang a hlahellang kutung ’me ho tla ba le kotola tlas’a makala a mabeli a latelang le kotola tlas’a makala a mang hape a mabeli a latelang bakeng sa makala a tšeletseng a hlahellang kutung. 36 Likotola le makala le seluloana sa lebone kaofela e be ntho e le ’ngoe e entsoeng ka khauta e hloekileng, e tutsoeng ka hamore.+ 37 U etsetse seluloana sa lebone mabone a supileng ’me ha mabone a khantšitsoe, a tla khantša sebaka se ka pel’a sona.+ 38 Litong* tsa sona le lipane tsa sona tsa mollo e be tsa khauta e hloekileng.+ 39 Seluloana sa lebone se etsoe le lisebelisoa tsena, ka khauta e hloekileng ea boima ba lik’hilokramo tse ka bang 34.* 40 U etse bonnete ba hore u li etsa ho latela mohlala oa tsona oo u ileng oa u bontšoa thabeng.+

26 U roke masela a tente a leshome ka line e lohiloeng ea boleng bo botle, khoele e putsoa, ulu e pherese le lesela le lefubelu bakeng sa tabernakele.+ U rokelle mokhabiso+ oa likerubime+ holim’a oona. 2 Lesela ka leng la tente le tla ba bolelele ba limithara tse ka bang 12* ’me le be bophara ba limithara tse ka bang peli.* Masela ’ohle a tente a lekane.+ 3 U kopanye masela a mahlano hore u etse lesela le le leng le leholo ’me u etse se tšoanang le ka masela a mang a mahlano e le hore ho tle ho be le masela a mabeli a maholo. 4 Qetellong ea lesela le leng le le leng le leholo, u rokelle likhoketsane* ka khoele e putsoa e le hore masela ana a mabeli a ka khona ho kopanngoa. 5 U etse likhoketsane tse 50 leseleng le leng le leholo la tente le likhoketsane tse 50 qetellong ea lesela le leng hape le leholo la tente e le hore likhoketsane li shebane moo li tl’o kopanngoa teng. 6 U etse lihakisi tse 50 tsa khauta ebe u kopanya masela a tente ka tsona ’me tabernakele e tla ba ntho e le ’ngoe.+

7 U boele u etse masela a tente a 11+ a entsoeng ka boea ba poli+ ho koahela lesela la line le holim’a tabernakele. 8 Lesela ka leng la tente le be bolelele ba limithara tse ka bang 13* le bophara ba limithara tse ka bang peli.* Masela ’ohle a tente a 11 a lekane. 9 U kopanye masela a mahlano a tente hore e be lesela le le leng le leholo. U kopanye le masela a mang a tšeletseng a tente hore e be lesela le le leng le leholo. U mene lesela la botšelela la tente karolong e ka pele ea tente. 10 U etse likhoketsane* tse 50 qetellong ea lesela le leng le leholo la tente le likhoketsane tse 50 qetellong ea lesela le leng hape le leholo la tente moo masela ana a kopanang teng. 11 U etse lihakisi tse 50 tsa koporo ’me u kenye lihakisi likhoketsaneng* ebe u kopanya masela a tente ebe a etsa ntho e le ’ngoe e koahelang tabernakele. 12 Karolo e salang ea masela a tente e lepelle. Halofo ea lesela la tente le salang e lepelle karolong e ka morao ea tabernakele. 13 Lesela le setseng la tente le koahele tabernakele ka mahlakoreng a mabeli. Le lepelle ka lisenthimithara tse ka bang 45.*

14 U boele u koahele tente ka matlalo a liramo a fetotsoeng ’mala hore a be mafubelu ’me holim’a ’ona u koahele ka matlalo a liqibi.*+

15 U etse liforeimi+ tsa tabernakele ka sefate sa leoka ’me li emisoe.+ 16 Foreimi ka ’ngoe e be bolelele ba limithara tse ka bang ’nè* ’me bophara ba eona e be lisenthimithara tse ka bang 67.* 17 Foreimi ka ’ngoe e be le likarolo tse peli tse khohlelang* tse kopantsoeng. U etse liforeimi tsohle tsa tabernakele ka tsela eo. 18 U etse liforeimi tse 20 bakeng sa lehlakore le ka boroa la tabernakele.

19 U etse litšehetso tse sekoti+ tse 40 tsa silevera tlas’a liforeimi tse 20: Litšehetso tse peli tse sekoti tlas’a foreimi e le ’ngoe bakeng sa likarolo tsa eona tse peli tse khohlelang le litšehetso tse peli tse sekoti tlas’a foreimi e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa likarolo tsa eona tse peli tse khohlelang.+ 20 U etse liforeimi tse 20 bakeng sa lehlakore le leng la tabernakele e leng lehlakore le ka leboea 21 le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse 40 tsa silevera, litšehetso tse peli tse sekoti tlas’a foreimi e le ’ngoe le litšehetso tse peli tse sekoti tlas’a foreimi e ’ngoe le e ’ngoe. 22 U etse liforeimi tse tšeletseng bakeng sa karolo e ka morao ea tabernakele e leng karolo e ka bophirimela.+ 23 U etse liforeimi tse peli hore e be lipalo tse peli tse lik’honeng tse ka morao tsa tabernakele. 24 Li be peli ho tloha tlase ho ea fihla holimo moo ho nang le reng ea pele. Li etsoe ka tsela ena ka bobeli ba tsona ’me e be lipalo tse peli tse lik’honeng. 25 Ho be le liforeimi tse robeli le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse 16 tsa silevera. Foreimi e ’ngoe le e ’ngoe e be le litšehetso tse peli tse sekoti tlas’a eona.

26 U etse lipalo ka sefate sa leoka. U etse tse hlano bakeng sa liforeimi tse ka lehlakoreng le leng la tabernakele+ 27 le lipalo tse hlano bakeng sa liforeimi tse ka lehlakoreng le leng la tabernakele le lipalo tse hlano bakeng sa liforeimi tse ka lehlakoreng le ka bophirimela la tabernakele bakeng sa karolo e ka morao. 28 Palo e bohareng ba liforeimi e tlohe ntlheng e ’ngoe ho ea fihla ntlheng e ’ngoe.

29 U koahele liforeimi ka khauta+ ’me u etse hore lireng tsa tsona tsa khauta e be litšehetso bakeng sa lipalo, ebe u koahela lipalo ka khauta. 30 U hlome tabernakele ho ea ka polane ea eona eo u e bontšitsoeng thabeng.+

31 U etse kharetene+ ea sehalalelo ka khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle e lohiloeng. Mokhabiso oa likerubime o rokelloe ho eona. 32 U e hake holim’a lipilara tse ’nè tsa sefate sa leoka tse koahetsoeng ka khauta. Lihakisi tsa tsona e be tsa khauta. Lipilara li be holim’a litšehetso tse ’nè tse sekoti tsa silevera. 33 U hake kharetene ea sehalalelo tlas’a lihakisi ’me u behe areka ea Bopaki+ ka har’a eona. Kharetene eo e arole Sehalalelo+ le Sehalalelisiso.+ 34 U behe sekoahelo holim’a areka ea Bopaki ka har’a Sehalalelisiso.

35 U behe tafole ka ntle ho kharetene ea sehalalelo ’me seluloana sa lebone+ se shebane le tafole ka lehlakoreng le ka boroa la tabernakele. U behe tafole eo ka lehlakoreng le ka leboea. 36 U etse kharetene ea monyako oa tente ka khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle e lohiloeng, li rokelletsoe hammoho.+ 37 U etse lipilara tse hlano ka sefate sa leoka bakeng sa kharetene eo ’me u li koahele ka khauta. Lihakisi tsa tsona e be tsa khauta ’me u li etsetse litšehetso tse hlano tse sekoti tsa koporo.

27 U etse aletare ka sefate sa leoka.+ E be bolelele ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli* le bophara ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli.* Aletare e be le mahlakore a mane a lekanang ’me e be bophahamo bo ka holimonyana ho mithara.*+ 2 U etse manaka+ lik’honeng tsa eona tse ’nè. Manaka ao e be karolo ea aletare ’me u koahele aletare ka koporo.+ 3 U etse linkho tsa ho tlosa molora* oa eona le likharafu, likotlolo, lifereko le lipane tsa mollo. U etse lisebelisoa tsohle tsa eona ka koporo.+ 4 U etsetse aletare sefe ea koporo ’me holim’a sefe eo u etse lireng tse ’nè tsa koporo lik’honeng tsa eona tse ’nè. 5 U e behe tlas’a foreimi ea aletare ’me sefe e lule bohareng ba aletare. 6 U etsetse aletare lipalo ka sefate sa leoka ’me u li koahele ka koporo. 7 Lipalo li kenngoe masobeng a lireng e le hore li ka ba mahlakoreng a mabeli a aletare ha e jaroa.+ 8 U etse aletare hore e be lebokose le bulehileng la mapolanka. E etsoe feela joalokaha u e bontšitsoe thabeng.+

9 U kampele lebala+ la tabernakele. Ka lehlakoreng le ka boroa u kampele lebala ka masela a lepeletseng a line ea boleng bo botle e lohiloeng, a etsang bolelele ba limithara tse ka bang 45.*+ 10 Masela a kampetseng lebala a be le lipilara tse 20 le litšehetso tse sekoti tse 20 tsa koporo. Lihakisi tsa lipilara le lireng* tsa tsona e be tsa silevera. 11 Masela a lepeletseng ka lehlakoreng le ka leboea le ’ona a etse bolelele ba limithara tse ka bang 45.* Hape ho be le lipilara tsa ’ona tse 20 le litšehetso tsa lipilara tse sekoti tse 20 tsa koporo le lihakisi tsa silevera le lireng* tsa silevera bakeng sa lipilara. 12 Ho be le masela a lepeletseng ka lehlakoreng le ka bophirimela a bolelele ba limithara tse ka bang 22* ho ea ka bophara ba lebala le lipilara tse leshome le litšehetso tse sekoti tse leshome. 13 Bophara ba lebala ka lehlakoreng le ka bochabela ke limithara tse ka bang 22.* 14 Ho be le masela a lepeletseng a bolelele ba limithara tse ka bang tse supileng* ka lehlakoreng le leng le lipilara tse tharo le litšehetso tse sekoti tse tharo.+ 15 Ka lehlakoreng le leng ho be le masela a lepeletseng a bolelele ba limithara tse ka bang tse supileng* le lipilara tse tharo le litšehetso tse sekoti tse tharo.

16 Keiti ea lebala e be le kharetene e bolelele ba limithara tse ka bang robong* e entsoeng ka khoele e putsoa, ka ulu e pherese, ka lesela le lefubelu le ka line ea boleng bo botle e lohiloeng,+ li rokelloe hammoho ’me ho be le lipilara tse ’nè le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse ’nè.+ 17 Lipilara tsohle ho potoloha lebala li be le lintho tse li tlamellang tsa silevera le lihakisi tsa silevera empa litšehetso tsa lipilara tse sekoti e be tsa koporo.+ 18 Bolelele ba lebala le kampetsoeng ka masela e be limithara tse ka bang 45*+ le bophara ba limithara tse ka bang 22* ’me masela ao a line ea boleng bo botle e lohiloeng a be bophahamo ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli.* Hape a be le litšehetso tse sekoti tsa koporo. 19 Lintho tsohle tse sebelisoang tšebeletsong ea tabernakele le litšepe* tsohle tsa eona tsa tente hammoho le litšepe* tsohle tsa masela a lebala e be tsa koporo.+

20 U laele Baiseraele hore ba u tlisetse oli e hloekileng ea mohloaare o tutsoeng bakeng sa lebone e le hore mabone a lule a khantšitse.+ 21 Ka har’a tabernakele,* ka ntle ho kharetene e pel’a Bopaki,+ Arone le bara ba hae ba hlophise hore mabone a lule a khantšitse ka pel’a Jehova ho tloha mantsiboea ho fihlela hoseng.+ Ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa meloko eohle ea Baiseraele hore ba e phethe.+

28 U bitse abuti oa hao Arone har’a Baiseraele le bara ba hae e le hore Arone+ a ka sebeletsa e le moprista oa ka,+ eena le Nadabe le Abihu,+ Eleazare le Ithamare,+ e leng bara ba Arone.+ 2 U etsetse abuti oa hao Arone liaparo tse halalelang bakeng sa khanya le botle.+ 3 U bue le bohle ba tsebang ho etsa mosebetsi oa matsoho* bao ke ba fileng bohlale+ ’me ba etse liaparo tsa Arone ho bontša hore o halalelitsoe e le hore a ka sebeletsa e le moprista oa ka.

4 Ba etse liaparo tsena: Mokotlana oa sefuba,+ efoda,+ seaparo se se nang matsoho,+ seaparo se selelele se sekoche, tuku+ le lebanta.+ Ba etsetse abuti oa hao Arone le bara ba hae liaparo tsena tse halalelang e le hore a ka sebeletsa e le moprista oa ka. 5 Ba sebelise khoele e ’mala oa khauta, khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle.

6 Ba etse efoda ka khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle e lohiloeng ’me ba e khabise ka khoele e ’mala oa khauta.+ 7 E be le masela a mabeli a kopantsoeng mahetleng a kopanyang karolo e ka pele le e ka morao. 8 Lebanta le lohiloeng+ le rokelletsoeng holim’a efoda hore le e fase ka thata, le etsoe ka lintho tse tšoanang le efoda: Khoele e ’mala oa khauta, khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle e lohiloeng.

9 U nke majoe a mabeli a onikse+ ’me u ngole mabitso a bara ba Iseraele holim’a ’ona ka ho a fata.+ 10 U ngole mabitso a tšeletseng holim’a lejoe le leng ’me mabitso a mang a tšeletseng u a ngole holim’a lejoe le leng ho ea ka tatellano ea tsoalo ea bona. 11 Setsebi sa ho betla majoe se ngole mabitso a bara ba Iseraele ka ho a fata majoeng ao ka mongolo o kang oa letšoao la tiiso.+ Ka mor’a moo, u a hlome liluloaneng tsa khauta. 12 U behe majoe ao a mabeli holim’a masela a efoda a mahetleng e le majoe a sehopotso ho bara ba Iseraele+ ’me Arone a jare mabitso a bona ka pel’a Jehova holim’a masela a hae a mabeli a mahetleng e le sehopotso. 13 U etse liluloana tsa khauta 14 le liketane tse peli tsa khauta e hloekileng+ tse sothiloeng joaloka ropo ’me u hokelle liketane tse kang ropo liluloaneng tseo.+

15 Mokhabisi ea rokellang a etse mokotlana oa sefuba oa kahlolo.+ U etsoe joaloka efoda ka khoele e ’mala oa khauta, khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le ka line ea boleng bo botle e lohiloeng.+ 16 Mokotlana oa sefuba o be le mahlakore a mane a lekanang ha o menoa. O be bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 22* le bophara ba lisenthimithara tse ka bang 22. 17 U etse mela e mene ea majoe holim’a oona. Moleng oa pele e be lejoe la rubi, topaze le la emeralde. 18 Moleng oa bobeli e be lejoe la thekoise, safire le la jaspere. 19 Moleng oa boraro e be lejoe la lesheme,* la agate le la amethiste. 20 Moleng oa bone e be lejoe la krisolite, onikse le la jade. A hlongoe liluloaneng tsa khauta. 21 Majoe ao a lekane le mabitso a 12 a bara ba Iseraele. Lebitso ka leng le ngoloe ka mongolo o fatiloeng o kang oa letšoao la tiiso. Lebitso ka leng le emele leloko le le leng la e 12.

22 U etse liketane tse lohiloeng holim’a mokotlana oa sefuba, li be joaloka liropo tsa khauta e hloekileng.+ 23 U etse lireng tse peli tsa khauta bakeng sa mokotlana oa sefuba ’me u khomaretse lireng tseo tse peli lik’honeng tse peli tsa mokotlana oa sefuba. 24 U kenye liropo tse peli tsa khauta masobeng a lireng tse peli tse lik’honeng tsa mokotlana oa sefuba. 25 U kenye lintlha tse peli tsa liropo tse peli liluloaneng tse peli ’me u li khomaretse holim’a masela a mabeli a mahetla a efoda, karolong ea eona e ka pele. 26 U etse lireng tse peli tsa khauta ’me u li behe lik’honeng tse peli tse ka hare tsa mokotlana oa sefuba, li shebane le efoda.+ 27 U etse lireng tse ling tse peli tsa khauta karolong e ka pele ea efoda, haufi le moo efoda e kopanang teng, ka holim’a lebanta le lohiloeng le tlamileng efoda.+ 28 Mokotlana oa sefuba o tšoaroe ka thapo e putsoa, lireng tsa oona li tlamelloe ho lireng tsa efoda. Sena se tla etsa hore mokotlana oa sefuba o lule holim’a efoda, ka holim’a lebanta le lohiloeng.

29 Arone a jare mabitso a bara ba Iseraele mokotlaneng oa sefuba oa kahlolo holim’a pelo ea hae ha a kena ka Sehalalelong e le sehopotso ka pel’a Jehova kamehla. 30 U kenye Urime le Thumime*+ ka har’a mokotlana oa sefuba oa kahlolo ’me li be holim’a pelo ea Arone ha a kena ka pel’a Jehova. Arone a li jare holim’a pelo ea hae ka pel’a Jehova kamehla bakeng sa ho etsa liqeto tse mabapi le Baiseraele.

31 U etse seaparo se se nang matsoho sa efoda ka khoele e putsoa feela.+ 32 Ho be le lesoba karolong ea sona e molaleng.* Le be le lemeno ka hohle le lohiloeng ke motho ea sebetsang ka foreimi e etsang masela. Lesoba leo le be thata joaloka lesoba la seaparo sa tšepe e le hore le se ke la taboha. 33 U etse likharenate ka khoele e putsoa, ulu e pherese le lesela le lefubelu ho potoloha lemeno le tlase la seaparo le litleloko* tsa khauta pakeng tsa tsona. 34 U etse hore tleloko ea khauta e lateloe ke kharenate, e be tleloko ea khauta ’me pel’a eona e be kharenate. U li kenye joalo ho potoloha lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho. 35 Se aparoe ke Arone e le hore a ka sebeletsa e le moprista ’me molumo o etsoang ke litleloko o utloahale ha a kena ka sehalalelong ka pel’a Jehova le ha a tsoa e le hore a se ke a shoa.+

36 U etse lesenke le benyang la khauta e hloekileng ’me holim’a lona u ngole ka mongolo o fatiloeng o kang oa letšoao la tiiso, o reng: ‘Khalalelo ke ea Jehova.’+ 37 U le tlamelle tukung+ ka khoele e putsoa. Le lule karolong e ka pele ea tuku. 38 Le be phatleng ea Arone ’me Arone o tla ikarabella ha motho e mong a etsa phoso khahlanong le lintho tse halalelang,+ tseo Baiseraele ba li halaletsang ha ba fana ka tsona e le limpho tse halalelang. Le lule phatleng ea hae kamehla e le hore ba ka amoheleha ka pel’a Jehova.

39 U lohe seaparo se selelele se sekoche sa line ea boleng bo botle, u etse tuku ea line ea boleng bo botle ’me u etse le lebanta le lohiloeng.+

40 U boele u etsetse bara ba Arone liaparo tse telele, mabanta le masela a roaloang hloohong+ bakeng sa khanya le botle.+ 41 U li apese abuti oa hao Arone le bara ba hae ’me u ba tlotse ka oli,+ u ba behe* hore e be baprista+ ’me u ba halaletse. Ba tla sebeletsa e le baprista ba ka. 42 U boele u ba etsetse marikhoe a makhutšoanyane* a line hore ba a apare.+ Marikhoe ana a tlohe thekeng a fihle liropeng. 43 A aparoe ke Arone le bara ba hae ha ba kena ka tabernakeleng* kapa ha ba atamela aletare ho sebeletsa sebakeng se halalelang e le hore ba se ke ba e-ba le molato ’me ba shoa. Ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa hae le bana ba hae le litloholo* tsa hae.

29 Sena ke seo u tla se etsa ho ba halaletsa hore ba sebeletse e le baprista ba ka: Nka pohoana, liramo tse peli tse phetseng hantle,+ 2 bohobe bo se nang tomoso, mahobe a selika-likoe a lesoba hare a se nang tomoso a kopantsoeng le oli le liphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsoeng ka oli.+ U li etse ka phofo e sitsoeng hantle ea koro. 3 U li kenye ka basketeng+ ebe u li tlisa le poho le liramo tse peli.

4 U tlise Arone le bara ba hae monyako oa tabernakele*+ ’me u ba hlatsoe ka metsi.+ 5 U nke liaparo+ ’me u apese Arone seaparo se selelele, seaparo se se nang matsoho sa efoda, efoda le mokotlana oa sefuba ’me u tlamelle lebanta le lohiloeng la efoda ka thata lethekeng la hae.+ 6 U mo roese tuku hloohong ’me u behe lesenke la khauta le halalelang* holim’a tuku+ eo 7 ebe u nka oli e halalelang*+ u e tšela hloohong ea hae ’me u mo tlotse.+

8 U tlise bara ba hae ’me u ba apese liaparo tse telele.+ 9 U tlame Arone le bara ba hae ka mabanta ’me u ba roese masela a roaloang hloohong. Bona le litloholo tsa bona e tla ba baprista ’me molao ona o tla lula o le teng.+ Ena ke tsela eo u lokelang ho hlomamisa Arone le bara ba hae ka eona hore ba sebeletse e le baprista.+

10 U hlahise poho ka pel’a tabernakele* ’me Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ea poho eo.+ 11 U e hlabe ka pel’a Jehova monyako oa tabernakele.*+ 12 U nke mali a mang a poho eo ka monoana oa hao ’me u a tlotse manakeng a aletare+ ebe u tšollela mali a mang kaofela karolong e ka tlase ea aletare.+ 13 U nke mafura+ ’ohle a koahelang mala, u nke le mafura a sebeteng le liphiong tse peli le mafura a holim’a tsona ’me u li chese hore li kubelle holim’a aletare.+ 14 Empa u chesetse nama ea poho le lekoko la eona le bolokoe ba eona ka ntle ho liahelo. Ke nyehelo ea sebe.

15 U nke ramo e le ’ngoe ’me Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ea ramo eo.+ 16 U e hlabe ’me u nke mali a eona u a fafatse mahlakoreng ’ohle a aletare.+ 17 U sehe ramo eo likotoana ’me u hlatsoe mala+ a eona le litlhakoana tsa eona ’me u behe likotoana tsa eona hammoho, u li behe le hlooho ea eona. 18 U chese ramo eo kaofela u etse hore e kubelle holim’a aletare. Ke nyehelo ea secheso ea Jehova ’me monko oa eona o monate*+ ho eena. Ke nyehelo e chesetsoang Jehova.

19 U nke ramo e ’ngoe ’me Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ea eona.+ 20 U hlabe ramo eo ’me u nke mali a mang a eona u a tlotse ntlheng ea tsebe ea Arone e ka letsohong le letona le lintlheng tsa litsebe tsa bara ba hae tse ka letsohong le letona. U tlotse le menoana e metona ea matsoho a bona a matona le menoana e metona ea maoto a bona a matona ’me u fafatse mali mahlakoreng ’ohle a aletare. 21 Ka mor’a moo, u nke mali a mang a holim’a aletare le oli e halalelang+ ’me u li fafatse holim’a Arone le liaparong tsa hae le ho bara ba hae le liaparong tsa bona e le hore eena le liaparo tsa hae le bara ba hae le liaparo tsa bona li ka halalela.+

22 Ramong u nke mafura, mohatla o mafura, mafura a koahelang mala, mafura a sebeteng, liphio tse peli le mafura a ho tsona+ le leoto le letona kaha ke ramo ea tlhomamiso.+ 23 U ntše le bohobe bo selika-likoe le bohobe bo selika-likoe bo lesoba hare bo nang le oli le sephaphatha ka basketeng ea mahobe a se nang tomoso e ka pel’a Jehova. 24 U behe lintho tsena tsohle matsohong a Arone le matsohong a bara ba hae ’me u li tsokele koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova. 25 Ka mor’a moo, u li tlose matsohong a bona ’me u li chese aletareng holim’a nyehelo ea secheso e le monko o monate* ka pel’a Jehova. Ke nyehelo e chesetsoang Jehova.

26 U nke sefuba sa ramo ea tlhomamiso+ e nyeheloang bakeng sa Arone ebe u se tsokela koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova ’me e be kabelo ea hao. 27 Ramong ea tlhomamiso+ eo ho ileng ha nyeheloa ka eona bakeng sa Arone le bara ba hae, u halaletse sefuba sa nyehelo e tsokoang le leoto la karolo e halalelang e leng tse ileng tsa tsokoa le tseo ho ileng ha fanoa ka tsona. 28 Ke karolo e halalelang, e be ea Arone le bara ba hae. E ke e be molao o tla lula o le teng o tla phethoa ke Baiseraele. E be karolo e halalelang eo Baiseraele ba tla fana ka eona+ bakeng sa Jehova e tsoang mahlabelong a bona a kopanetsoeng.+

29 Liaparo tse halalelang+ tsa Arone li aparoe ke bara ba hae+ bao e tla ba baprista ka mor’a hae ha ba se ba tlotsitsoe ’me ba hlomamisitsoe. 30 Moprista ea mo hlahlamang har’a bara ba hae le ea tlang tabernakeleng* ho sebeletsa sebakeng se halalelang a li apare ka matsatsi a supileng.+

31 U nke ramo ea tlhomamiso ’me u phehe nama ea eona sebakeng se halalelang.+ 32 Arone le bara ba hae ba je+ nama ea ramo eo le bohobe bo ka basketeng ba le monyako oa tabernakele.* 33 Ba je lintho tse ileng tsa sebelisoa ho etsa sehlabelo sa tšoarelo ea libe ha ba ne ba hlomamisoa hore e be baprista ’me ba halaletsoa. Empa motho ea sa lumelloang* ho li ja a se ke a li ja hobane ke lintho tse halalelang.+ 34 Haeba nama leha e le efe ea sehlabelo sa tlhomamiso le bohobe li ka sala ho fihlela hoseng, u li chese ka mollo.+ Li se ke tsa jeoa hobane ke lintho tse halalelang.

35 U etse ka tsela ena ho Arone le bara ba hae ho ea ka sohle seo ke u laetseng sona. U qete matsatsi a supileng u ba hlomamisa hore e be baprista.*+ 36 U etse sehlabelo ka poho letsatsi le leng le le leng e le nyehelo ea sebe bakeng sa ho kopa tšoarelo ea libe. Ka ho etsa joalo u tla hloekisa aletare sebeng. Hape u fafatse oli aletareng ho e halaletsa.+ 37 U qete matsatsi a supileng u etsa mahlabelo a ho kopa tšoarelo ea libe bakeng sa ho halaletsa aletare e le hore e ka ba aletare e halalelang ka ho fetisisa.+ Mang kapa mang ea amang aletare eo o tla halalela.

38 U nyehele tse latelang aletareng: Liramo tse peli tse nyenyane tse nang le selemo, u li nyehele letsatsi le letsatsi kamehla.+ 39 U nyehele ramo e ’ngoe e nyenyane hoseng ’me u nyehele ramo e ’ngoe e nyenyane ha letsatsi le likela.+ 40 Ramo ea pele e nyenyane e tsamaee le lilithara tse ka bang peli* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le lithara e le ’ngoe* ea oli e tutsoeng le nyehelo ea seno ea lithara e le ’ngoe ea veine. 41 U nyehele ramo ea bobeli e nyenyane ha letsatsi le likela hammoho le linyehelo tsa lijo* le tsa seno tse tšoanang le tsa hoseng. U e nyehele e le monko o monate* e le nyehelo e chesetsoang Jehova. 42 E be nyehelo ea secheso ea kamehla melokong eohle ea lona. E etsetsoe monyako oa tabernakele* ka pel’a Jehova moo ke tla itlhahisa ho lona ho bua le lona teng.+

43 Ke tla itlhahisa moo ho Baiseraele ’me sebaka seo se tla halaletsoa ke khanya ea ka.+ 44 Ke tla halaletsa tabernakele* le aletare, ke halaletse Arone le bara ba hae+ e le hore ba ka sebeletsa e le baprista ba ka. 45 Ke tla lula har’a batho ba Iseraele ’me ke be Molimo oa bona.+ 46 Ba tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona, ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta e le hore ke lule har’a bona.+ Ke ’na Jehova Molimo oa bona.

30 U etse aletare e le sebaka seo ho chesetsoang libano+ ho sona. U e etse ka sefate sa leoka.+ 2 E be le mahlakore a mane a lekanang, e be bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 45* le bophara ba lisenthimithara tse ka bang 45 ’me e be bophahamo bo ka etsang mithara.* Manaka a eona e be ntho e le ’ngoe le eona.+ 3 U sebelise khauta e hloekileng ho koahela karolo e ka holimo ea aletare le ho koahela mahlakore ’ohle a eona le manaka a eona ’me u e etsetse mokhabiso oa khauta ho e potoloha. 4 Hape u e etsetse lireng tse peli tsa khauta tlas’a mokhabiso oo oa eona mahlakoreng a eona a mabeli a shebaneng ’me lireng tseo li tla kenya lipalo tseo e tla jaroa ka tsona. 5 U etse lipalo tseo ka sefate sa leoka ’me u li koahele ka khauta. 6 U e behe ka pel’a kharetene ea sehalalelo e haufi le areka ea Bopaki,+ ka pel’a sekoahelo se holim’a Bopaki e leng moo ke tla itlhahisa ho uena teng.+

7 Arone+ a chese libano tse nkhang hamonate+ holim’a eona+ hore li kubelle aletareng ha a hlophisa mabone+ hoseng ho hong le ho hong. 8 Hape, ha Arone a khantša mabone ha letsatsi le likela, o tla chesa libano. Ke nyehelo ea kamehla ea libano tse chesoang ka pel’a Jehova melokong eohle ea lona. 9 Le se ke la nyehela libano tse sa lumelloang+ holim’a eona kapa nyehelo ea secheso kapa nyehelo ea lijo* ’me le se ke la tšela nyehelo ea seno holim’a eona. 10 Arone a tlotse a mang a mali a phoofolo ea nyehelo ea sebe holim’a manaka a aletare e le hore e hloeke.+ A etse joalo hanngoe ka selemo e le hore a e hloekise melokong eohle ea lona. Aletare e halalela ka ho fetisisa ho Jehova.”

11 Jehova a re ho Moshe: 12 “Neng kapa neng ha u bala bara ba Iseraele,+ batho bohle ba fane ka chelete ea topollo ho Jehova bakeng sa bophelo ba bona nakong eo ba baloang ka eona. Ba etse sena e le hore ba se ke ba fuoa kotlo ha ba ngolisoa. 13 Batho bohle ba ngolisitsoeng ba fane ka lintho tse latelang: Silevera ea boima ba likramo tse tšeletseng.* Le lekanye boima ba silevera eo ho ea ka tekanyo e sebelisoang sebakeng se halalelang.*+ Tekanyo e sebelisoang ke likramo tse ka bang 11.* Silevera ea boima ba likramo tse tšeletseng ke monehelo o isoang ho Jehova.+ 14 Batho bohle ba ngolisitsoeng ba lilemo li 20 ho ea holimo ba fane ka monehelo oa Jehova.+ 15 Ea ruileng a se ke a ntša ho fetang silevera ea boima ba likramo tse tšeletseng* le ea futsanehileng a se ke a fana ka ho ka tlase ho moo e le monehelo o isoang ho Jehova oa ho etsa mahlabelo a tšoarelo ea libe bakeng sa bophelo ba lona. 16 U nke chelete ea silevera ho Baiseraele ea ho etsa mahlabelo a tšoarelo ea libe ’me u fane ka eona bakeng sa tšebeletso ea tabernakele.* Chelete ena e tla ba sehopotso ka pel’a Jehova ho Baiseraele ’me ho etsoe mahlabelo a tšoarelo ea libe ka eona bakeng sa bophelo ba lona.”

17 Jehova a re ho Moshe: 18 “U etse beisine ea koporo le seluloana sa eona+ ebe u e beha pakeng tsa tente ea pokano le aletare ’me u tšele metsi ka har’a eona.+ 19 Arone le bara ba hae ba hlatsoe maoto le matsoho moo.+ 20 Ha ba kena ka tabernakeleng* kapa ba atamela aletare ho sebeletsa le ho etsa linyehelo ka mollo hore li kubelle ho Jehova, ba itlhatsoe ka metsi e le hore ba se ke ba shoa. 21 Ba hlatsoe maoto le matsoho a bona e le hore ba se ke ba shoa ’me e be molao o tla lula o le teng bakeng sa Arone le bana ba hae melokong eohle ea bona.”+

22 Jehova a bua le Moshe a re: 23 “Ka mor’a moo, u nke litlolo tse nkhang hamonate ka ho fetisisa: lik’hilokramo tse tšeletseng tsa mira e hoammeng, lik’hilokramo tse tharo tsa sinamone e monate, lik’hilokramo tse tharo tsa kalamase e monate 24 le lik’hilokramo tse tšeletseng tsa kasia e lekantsoeng ka tekanyo e sebelisoang sebakeng se halalelang*+ hammoho le lilithara tse tharo le halofo* tsa oli ea mohloaare. 25 Ka tsona u etse oli e halalelang.* E tsoakoe ka bokhabane.*+ E be oli e halalelang.

26 U tlotse tabernakele*+ le areka ea Bopaki ka eona 27 le tafole le lisebelisoa tsohle tsa eona, seluloana sa lebone le lisebelisoa tsa sona, aletare ea libano, 28 aletare ea nyehelo ea secheso le lisebelisoa tsohle tsa eona le beisine le seluloana sa eona. 29 U li halaletse e le hore li halalele ka ho fetisisa.+ Mang kapa mang ea li amang o tla halalela.+ 30 U tlotse Arone+ le bara ba hae+ ’me u ba halaletse hore ba sebeletse e le baprista ba ka.+

31 U bue le Baiseraele u re, ‘Oli ena e tla lula e le oli e halalelang ho ’na melokong ea lona.+ 32 Batho ba bang ba se ke ba tlotsoa ka eona ’me le se ke la etsa motsoako o tšoanang le eona. Ke ntho e halalelang. E lule e le ntho e halalelang ho lona. 33 Motho ea ka etsang mafura a tšoanang le eona kapa a tlotsa motho e mong ea sa lumelloang* ho tlotsoa ka eona, a bolaoe.’”+

34 Jehova a re ho Moshe: “Nka likarolo tse lekanang tsa litlolo tsena tse nkhang hamonate:+ marotholi a setakte, onika, galbaname e nkhang hamonate le libano tse tšoeu tse hloekileng. 35 U etse libano+ ka tsona. Motsoako oa linoko o kopanngoe ka bokhabane,* o nokoe ka letsoai,+ o hloeke o be o halalele. 36 U tule o mong oa oona hore e be phofo e sitsoeng hantle ’me o behe o mong oa oona ka pel’a Bopaki ka tabernakeleng,* moo ke tla itlhahisa ho uena teng. E be o halalelang ka ho fetisisa ho lona. 37 Le se ke la sebelisa motsoako ona ho iketsetsa libano.+ Le o nke e le ntho e halalelang ho Jehova. 38 Motho ea tla etsa motsoako o tšoanang le oona hore a thabele monko oa oona a bolaoe.”

31 Jehova a re ho Moshe: 2 “Ke khethile* Bezaliele+ mora oa Uri mora oa Hure oa leloko la Juda.+ 3 Ke tla mo fa moea oa ka e le hore a ka ba bohlale, a be le kutloisiso le tsebo ea ho etsa mesebetsi eohle ea matsoho, 4 a qape lisebelisoa, a sebetse ka khauta, silevera le koporo, 5 a betle majoe a bohlokoa le ho a kenya liluloaneng+ le hore a etse thepa ea mefuta eohle ea lepolanka.+ 6 Ho feta moo, ke khethile Oholiabe+ mora oa Ahisamake oa leloko la Dane hore a mo thuse. Ke tla etsa hore bohle ba nang le tsebo ea mosebetsi oa matsoho ba be bohlale* e le hore ba ka etsa lintho tsohle tseo ke u laetseng tsona:+ 7 ba etse tabernakele,*+ areka ea Bopaki+ le sekoahelo+ se holim’a eona, thepa eohle ea tabernakele, 8 tafole+ le lisebelisoa tsa eona, seluloana sa lebone sa khauta e hloekileng le lisebelisoa tsohle tsa sona,+ aletare ea libano,+ 9 aletare ea nyehelo ea secheso+ le lisebelisoa tsohle tsa eona, beisine le seluloana sa eona,+ 10 liaparo tse lohiloeng hantle, liaparo tse halalelang bakeng sa moprista Arone, liaparo tsa bara ba hae hore ba sebeletse e le baprista,+ 11 oli e halalelang* le libano tse nkhang hamonate bakeng sa sehalalelo.+ Ba etse lintho tsohle tseo ke u laetseng tsona.”

12 Jehova a bua le Moshe a re: 13 “Bua le Baiseraele ’me u re, ‘Ka holim’a lintho tsohle, le boloke lisabatha tsa ka+ kaha ke pontšo ea selekane* seo ke se entseng le lona melokong ea lona e le hore le tsebe hore ’na Jehova kea le halaletsa. 14 Le boloke Sabatha hobane ke ntho e halalelang ho lona.+ Motho ea e hlomphollang o lokela ho bolaoa. Motho ea tla sebetsa ka letsatsi leo, a bolaoe.+ 15 Ho ka sebetsoa ka matsatsi a tšeletseng empa ka letsatsi la bosupa ke sabatha ’me le lokela ho phomola ka ho feletseng.+ Ea halalela ho Jehova. Motho ea tla sebetsa ka letsatsi la Sabatha a bolaoe. 16 Baiseraele ba lokela ho boloka Sabatha. Ba boloke Sabatha melokong eohle ea bona. Ke selekane se tla lula se le teng. 17 Ke pontšo e tla lula e le teng pakeng tsa ka le sechaba sa Iseraele+ hobane Jehova o entse maholimo le lefatše ka matsatsi a tšeletseng ’me a phomola ka letsatsi la bosupa, a thabile ka lebaka la mosebetsi oa hae.’”+

18 Hang ha a qeta ho bua le eena Thabeng ea Sinai, a fa Moshe matlapa a mabeli a Bopaki,+ matlapa a lejoe a ngotsoeng ka monoana oa Molimo.+

32 Ha sechaba se bona hore Moshe o nka nako e telele ho theoha thabeng,+ sa bokanela Arone ’me sa re ho eena: “Ema u re etsetse molimo ea tla re etella pele+ hobane ha re tsebe hore na ho etsahetse’ng ka Moshe enoa, ea re eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.” 2 Arone a re ho sechaba: “Ntšang masale a khauta+ a litsebeng tsa basali ba lona, tsa bara ba lona le tsa barali ba lona ’me le a tlise ho ’na.” 3 Batho bohle ba ntša masale a khauta a litsebeng tsa bona ’me ba a tlisa ho Arone. 4 A nka khauta ho bona ’me a bopa setšoantšo* sa namane+ ka eona a sebelisa thulusi e betlang. Eaba ba re: “Enoa ke Molimo oa hao, uena Iseraele, ea u etelletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.”+

5 Ha Arone a bona sena, a haha aletare ka pel’a eona. Arone a hoeletsa ’me a re: “Ho tla ba le mokete oa Jehova hosane.” 6 Letsatsing le latelang sechaba sa tsoha hoseng ’me sa nyehela linyehelo tsa secheso le ho tlisa mahlabelo a kopanetsoeng. Ka mor’a moo, sechaba sa lula fatše hore se je le ho noa. Sa ema hore se ithabise.+

7 Jehova a re ho Moshe: “Theoha hobane sechaba sa heno seo u se eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta, se itšilafalitse.+ 8 Se khelohile ka potlako tseleng eo ke se laetseng hore se tsamaee ka eona.+ Se iketselitse setšoantšo* sa namane ka khauta ’me se ntse se e inamela le ho e etsetsa mahlabelo le ho re, ‘Enoa ke Molimo oa hao, uena Iseraele, ea u eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.’” 9 Jehova a re ho Moshe: “Ke bone hore sechaba sena se manganga.*+ 10 Ntlohele ke se halefele ’me ke se felise, ke etse uena sechaba se seholo ho e-na le sona.”+

11 Moshe a kopa Jehova Molimo oa hae+ ’me a re: “Jehova, ke hobane’ng ha u halefela sechaba sa hao ka mor’a ho se ntša naheng ea Egepeta ka letsoho le matla?+ 12 U se ke oa lumella Baegepeta hore ba re, ‘O ne a e-na le morero o mobe ha a ntša Baiseraele Egepeta. O ne a batla ho ba bolaela lithabeng le ho ba felisa lefatšeng.’+ Kokobetsa khalefo ea hao ’me u fetole* qeto ea hao ea ho tlisetsa sechaba sa hao tlokotsi. 13 Hopola bahlanka ba hao e leng Abrahama, Isaka le Iseraele, bao u ba hlapanyelitseng ka uena oa re: ‘Ke tla etsa hore bana* ba lona ba be bangata joaloka linaleli tsa maholimo+ ’me ke tla fa bana* ba lona naha ena eohle e le hore ba e nke ’me e be ea bona kamehla eohle.’”+

14 Jehova a fetola* maikutlo a hae a ho tlisetsa sechaba sa hae tlokotsi.+

15 Ka mor’a moo, Moshe a furalla ’me a theoha thabeng a nkile matlapa a mabeli a Bopaki+ letsohong la hae.+ Matlapa ao a ne a ngotsoe ka mahlakoreng a mabeli, a ngotsoe ka pele le ka morao. 16 Matlapa ao e ne e le mosebetsi oa Molimo ’me mongolo o ngotsoeng ka ho fatoa holim’a ’ona e ne e le oa Molimo.+ 17 Ha Joshua a utloa lerata la batho ba neng ba hoelelitse, a re ho Moshe: “Ho utloahala eka batho baa loana litenteng.” 18 Empa Moshe a re:

“Ha se molumo oa ho bina ka lebaka la ho hlola*

Ebile ha se molumo oa ho lla ka lebaka la ho hloloa.

Ke utloa molumo oa mofuta o mong oa ’mino.”

19 Hang ha Moshe a fihla haufi le litente ’me a bona namane+ le metjeko, a halefa haholo ’me a lahlela matlapa a matsohong a hae fatše, a a pshatlela botlaseng ba thaba.+ 20 A nka namane eo ba e entseng, a e chesa mollong eaba o e silakanya ho fihlela e le phofo.+ A e hasanya holim’a metsi ’me a a noesa Baiseraele.+ 21 Moshe a re ho Arone: “Sechaba see se u entse’ng hore ebe u se tliselitse sebe se seholo hakaale?” 22 Arone a re: “U se ke oa halefa moren’a ka. U tseba hantle hore sechaba sena se tloaetse ho etsa lintho tse mpe.+ 23 Se ile sa re ho ’na, ‘Re etsetse molimo ea tla re etella pele hobane ha re tsebe hore na ho etsahetse’ng ka Moshe enoa ea re eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.’+ 24 Ka re ho sona, ‘Mang kapa mang ea nang le khauta a e ntše ’me a mphe eona.’ Eaba ke e lahlela mollong ’me ha tsoa namane ena.”

25 Moshe a bona hore sechaba se ne se tsoile taolong hobane Arone ha aa ka a se thiba ’me se ile sa itlotlolla ka pel’a bahanyetsi ba sona. 26 Moshe a ema keiting ea liahelo ’me a re: “Ke mang ea ka lehlakoreng la Jehova? A tle ho ’na!”+ Balevi kaofela ba mo bokanela. 27 A re ho bona: “Jehova Molimo oa Iseraele o itse, ‘E mong le e mong oa lona a tlame sabole ea hae ’me a tsamaee hohle litenteng ho tloha keiting e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, a bolaee ngoan’abo, moahisani oa hae le motho eo a mo tloaetseng haholo.’”+ 28 Balevi ba etsa seo Moshe a se boletseng. Banna ba ka bang 3 000 ba bolaoa letsatsing leo. 29 Moshe a re: “Ikhalaletseng* kajeno bakeng sa tšebeletso ea Jehova hobane e mong le e mong oa lona u loantšitse mora oa hae le ngoan’abo.+ Kajeno Molimo o tla le hlohonolofatsa.”+

30 Letsatsing le latelang, Moshe a re ho sechaba: “Le entse sebe se seholo. Ke tla nyolohela ho Jehova ho bona hore na nka le kopela tšoarelo bakeng sa sebe sa lona.”+ 31 Moshe a khutlela ho Jehova ’me a re: “Sechaba sena se entse sebe se seholo hakaakang! Se iketselitse molimo oa khauta.+ 32 Haeba u rata, tšoarela sebe sa sona.+ Empa haeba ho se joalo, ke kopa u hlakole lebitso la ka bukeng ea hao eo u e ngotseng.”+ 33 Leha ho le joalo, Jehova a re ho Moshe: “Mang kapa mang ea ntšitetsoeng ke tla mo hlakola bukeng ea ka. 34 Tsamaea, u etelle sechaba pele ho ea sebakeng seo ke u boleletseng ka sona. Lengeloi la ka le tla u etella pele+ ’me ke tla ahlola sechaba ka lebaka la sebe sa sona letsatsing leo ke se hlahlobang.” 35 Jehova a otla sechaba ka lebaka la namane eo se neng se kopile Arone hore a se etsetse eona.

33 Jehova a re ho Moshe: “Tsamaea, u tlohe mona le sechaba seo u se eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta. U ee naheng eo ke e hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo ka re, ‘Ke tla e fa litloholo* tsa hao.’+ 2 Ke tla romela lengeloi hore le le etelle pele+ ’me ke leleke Bakanana, Baamore, Bahethe, Bapereze, Baheve le Bajebuse.+ 3 E-eang naheng e phallang lebese le mahe a linotši.+ Empa nke ke ka tsamaea le lona hobane le sechaba se manganga*+ ’me nka ’na ka le felisa tseleng.”+

4 Ha batho ba utloa mantsoe ana a bohloko, ba hlonama. Ha ho le ea mong ho bona ea ileng a roala mekhabiso ea hae. 5 Jehova a re ho Moshe: “E-re ho Baiseraele, ‘Le sechaba se manganga.*+ Ka motsotsoana feela nka tla ho lona ’me ka le felisa.+ Le se ke la roala mekhabiso ea lona ha ke ntse ke nahana hore na ke etse’ng ka lona.’” 6 Ho tloha Thabeng ea Horebe ho ea pele, Baiseraele ha baa ka ba roala mekhabiso ea bona.

7 Moshe a nka tente ea hae a e hloma ka ntle ho liahelo holenyana le tsona eaba o e bitsa tente ea pokano. Batho bohle ba neng ba batla ho botsa Jehova+ ba ne ba ea tenteng ea pokano, e neng e le ka ntle ho liahelo. 8 Hang ha Moshe a ea tenteng, batho bohle ba ne ba ema menyako ea litente tsa bona. Ba ne ba sheba Moshe ho fihlela a kena ka tenteng. 9 Hang ha Moshe a kena ka tenteng, leru*+ le ne le theohela fatše ’me le ema monyako oa tente ha Molimo a ntse a bua le Moshe.+ 10 Ha sechaba sohle se bona leru le eme monyako oa tente, e mong le e mong o ne a ema ’me a inama monyako oa tente ea hae. 11 Jehova a bua le Moshe ba shebane mahlong+ joalokaha motho a bua le motho e mong. Ha a khutlela liahelong, Joshua+ mora oa Nune, e leng mosebeletsi le mohlanka+ oa Moshe, o ne a sa tlohe tenteng.

12 Moshe a re ho Jehova: “U re ke etelle sechaba sena pele empa ha oa ntsebisa hore na ke mang eo u tla mo roma le ’na. Ho feta moo u itse, ‘Ke u tseba ka lebitso* ebile oa nkhahlisa.’* 13 Haeba kea u khahlisa,* ke kopa u ntsebise litsela tsa hao+ e le hore ke u tsebe ’me ke lule ke u khahlisa. Hape u se ke oa lebala hore sechaba sena ke sechaba sa hao.”+ 14 Molimo a re: “Ke tla tsamaea le uena+ ’me ke tla u phomotsa.”+ 15 Moshe a re ho eena: “Haeba u sa tsamaee le rona u se ke oa re tlosa mona. 16 Batho ba tla tseba joang hore ’na le sechaba sa hao rea u khahlisa?* Na ha se ka hore u tsamaee le rona+ e le hore ’na le sechaba sa hao re be ba sa tšoaneng le lichaba tse ling tsohle tse lefatšeng?”+

17 Jehova a re ho Moshe: “Ke tla etsa le ntho ena eo u e kopang hobane oa nkhahlisa* ebile ke u tseba ka lebitso.” 18 Moshe a re ho Molimo: “Ke kopa u mpontše khanya ea hao.” 19 Molimo a re: “Ke tla etsa hore molemo oohle oa ka o fete ka pel’a sefahleho sa hao ’me ke tla bolela lebitso la Jehova+ ka pel’a hao. Ke tla bontša mosa ho eo ke tla mo bontša mosa ’me ke tla bontša mohau ho eo ke tla mo bontša mohau.”+ 20 Hape a re: “U ke ke oa bona sefahleho sa ka hobane ha ho na motho ea ka mponang ’me a phela.”

21 Jehova a re: “Sebaka ke sena haufi le ’na. Ema holim’a lefika. 22 Ha khanya ea ka e feta, ke tla u kenya ka lepatsong la lefika ’me ke tla u sireletsa ka letsoho la ka ho fihlela ke fetile. 23 Ka mor’a moo, ke tla tlosa letsoho la ka ’me u tla bona mokokotlo oa ka. Empa sefahleho sa ka se ke ke sa bonoa.”+

34 Jehova a re ho Moshe: “Ipetlele matlapa a mabeli a tšoanang le a pele+ ’me ke tla ngola holim’a ’ona mantsoe a neng a le matlapeng a pele+ ao u a pshatlileng.+ 2 Itokisetse letsatsi la hosane kaha u tla nyolohela Thabeng ea Sinai hoseng ’me u eme teng ka pel’a ka holim’a thaba.+ 3 Empa ho se ke ha e-ba le ea nyolohang le uena ’me ho se ke ha e-ba le motho e mong thabeng eohle. Esita le linku le lipoli kapa liphoofolo tse kholo, li se ke tsa fula ka pel’a thaba eo.”+

4 Moshe a betla matlapa a mabeli a kang a pele ’me a tsoha hoseng haholo a nyolohela Thabeng ea Sinai feela joalokaha Jehova a mo laetse. O ne a nkile matlapa a mabeli letsohong la hae. 5 Jehova a theoha+ ka leru ’me a ema le eena moo eaba o bolela lebitso la Jehova.+ 6 Jehova o ne a feta ka pel’a hae ’me a re: “Ke ’na Jehova, ke ’na Jehova, Molimo ea mohau+ le ea nang le kutloelo-bohloko,*+ ea liehang ho halefa+ le ea nang le lerato*+ le ’nete,*+ 7 ea bontšang lerato*+ ho ba likete, ea tšoarelang phoso, tlolo le sebe+ empa ho hang a sa tlohele ea molato hore a se ke a fuoa kotlo,+ ea tlisang kotlo ho bara le ho litloholo bakeng sa phoso ea bo-ntate ba bona ’me a tlisa kotlo ho moloko oa boraro le oa bone.”+

8 Moshe a inama ka potlako eaba oa khumama.* 9 A re: “Haeba kea u khahlisa* Jehova, kea u kopa Jehova, tsamaea le rona+ ’me u be har’a rona le hoja re le sechaba se manganga.*+ U tšoarele phoso ea rona le sebe+ sa rona ’me u re nke re le sechaba sa hao.” 10 Molimo a re: “Ke etsa selekane:* Ke tla etsa lintho tse hlollang ka pel’a sechaba sohle sa heno, tseo ho seng mohla li kileng tsa etsoa lefatšeng lohle kapa har’a lichaba tsohle+ ’me sechaba sohle seo u lulang le sona se tla bona mosebetsi oa Jehova hobane ntho eo ke e etsang ka uena ea hlolla.+

11 Le mamele ka hloko seo ke le laelang sona kajeno.+ Ke tlosa Baamore, Bakanana, Bahethe, Bapereze, Baheve le Bajebuse ka pel’a lona.+ 12 Hlokomelang hore le se ke la etsa tumellano le baahi ba naha eo le eang ho eona,+ ho seng joalo e tla ba leraba har’a lona.+ 13 Empa le lihe lialetare tsa bona le pshatle lipilara tsa bona tse halalelang ’me le reme lipalo tsa bona tse halalelang.*+ 14 Le se ke la inamela molimo e mong+ hobane Jehova o tsebahala e le* ea batlang hore batho ba hae ba inehele ho eena feela.* Ke Molimo ea batlang hore batho ba hae ba inehele ho eena feela.+ 15 Hlokomelang hore le se ke la etsa tumellano le baahi ba naha hobane ha ba etsa botekatse* ka ho rapela melimo ea bona ’me ba e etsetsa mahlabelo,+ ba tla le mema ebe le ja mahlabelo a bona.+ 16 Le tla nkela bara ba lona barali ba bang ba bona+ ’me ha barali ba bona ba etsa botekatse* ka ho rapela melimo ea bona, ba tla etsa hore bara ba lona ba etse botekatse ka hore ba rapele melimo ea bona.+

17 U se ke oa iketsetsa melimo e entsoeng ka tšepe.+

18 U keteke Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso.+ U je mahobe a se nang tomoso feela joalokaha ke u laetse. U etse sena ka matsatsi a supileng ka nako e behiloeng ka khoeli ea Abibe*+ hobane u tsoile Egepeta ka khoeli ea Abibe.

19 Matsibolo ’ohle a matona* ke a ka+ hammoho le liphoofolo tsa hao ebang ke poho kapa nku e tona ea letsibolo.+ 20 U lopolle letsibolo la tonki ka nku. Haeba u sa le lopolle u le robe molala. U lopolle matsibolo ’ohle a bara ba hao.+ Ho se ke ha e-ba le motho ea tlang ho ’na a sa nka letho.

21 U sebetse ka matsatsi a tšeletseng empa ka letsatsi la bosupa u phomole.*+ U phomole esita le ka nako ea ho lema le ea kotulo.

22 U keteke Mokete oa Libeke ka lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng tsa kotulo ea koro ’me qalong ea selemo u keteke Mokete oa ho Bokella.*+

23 Banna bohle ba hao ba hlahe ka pel’a Morena oa ’nete Jehova, Molimo oa Iseraele ka makhetlo a mararo ka selemo.+ 24 Ke tla lelekela lichaba hole le uena+ ’me ke tla etsa hore sebaka sa hao se be seholo ’me ha ho ea tla lakatsa naha ea hao ha u nyoloha ho ea bona sefahleho sa Jehova Molimo oa hao hararo ka selemo.

25 Ha u nketsetsa sehlabelo, u se ke oa fana ka mali hammoho le ntho leha e le efe e nang le tomoso.+ Sehlabelo sa mokete oa Paseka se se ke sa behoa bosiu bohle ho fihlela hoseng.+

26 U tlise lihlahisoa tsa pele tse ntle ka ho fetisisa tse butsoitseng tse tsoang mobung oa hao ka tlung ea Jehova Molimo oa hao.+

U se ke oa pheha potsanyane ka lebese la ’m’a eona.”+

27 Jehova a re ho Moshe: “U ngole mantsoe ana+ hobane ke etsa selekane le uena le Iseraele tumellanong le ’ona.”+ 28 A lula moo le Jehova ka matsatsi a 40 le masiu a 40. O ne a sa je bohobe ebile a sa noe metsi.+ Eaba o* ngola mantsoe a selekane e leng Melao e Leshome*+ holim’a matlapa.

29 Moshe a theoha Thabeng ea Sinai ’me matlapa a mabeli a Bopaki a ne a le letsohong la hae.+ Ha a theoha thabeng, Moshe o ne a sa tsebe hore sefahleho sa hae se ntša mahlaseli hobane a buile le Molimo. 30 Ha Arone le Baiseraele bohle ba bona Moshe, ba hlokomela hore sefahleho sa hae se ntša mahlaseli ’me ba ne ba tšaba ho mo atamela.+

31 Empa Moshe a ba bitsa. Arone le likhosana tsohle tsa sechaba ba tla ho eena eaba Moshe o bua le bona. 32 Ka mor’a moo, Baiseraele bohle ba atamela ho eena ’me a ba bolella litaelo tsohle tseo Jehova a mo fileng tsona Thabeng ea Sinai.+ 33 Ha Moshe a qeta ho bua le bona, o ne a ikoahela sefahleho ka lesira.+ 34 Empa ha Moshe a kena ka pel’a Jehova ho ea bua le eena, o ne a tlosa lesira ho fihlela a tsoa.+ Ka mor’a moo, o ne a tsoa ’me a bolella Baiseraele litaelo tseo a li fuoeng.+ 35 Baiseraele ba bona hore sefahleho sa Moshe se ntša mahlaseli. Eaba Moshe o ikoahela sefahleho hape ka lesira ho fihlela a kena ho ea bua le Molimo.*+

35 Hamorao Moshe a bokella sechaba sohle sa Baiseraele ’me a re ho sona: “Tsena ke lintho tseo Jehova a laetseng hore li etsoe:+ 2 Le ka sebetsa ka matsatsi a tšeletseng empa letsatsi la bosupa e tla ba letsatsi le halalelang ho lona. E tla ba sabatha ’me le lokela ho phomola ka ho feletseng, ea halalela ho Jehova.+ Mang kapa mang ea tla sebetsa ka letsatsi leo o tla bolaoa.+ 3 Le se ke la besa mollo libakeng tseo le lulang ho tsona ka letsatsi la Sabatha.”

4 Moshe a re ho sechaba sohle sa Baiseraele: “Sena ke seo Jehova a se laetseng, 5 ‘Ntšetsang Jehova monehelo.+ Kaofela ha lona le tlisetse Jehova monehelo ka pelo eohle.+ Le tlise khauta, silevera, koporo, 6 khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu, line ea boleng bo botle, boea ba poli,+ 7 matlalo a liramo a fetotsoeng ’mala hore a be mafubelu, matlalo a liqibi,* lifate tsa leoka, 8 oli bakeng sa mabone, balsame bakeng sa oli e halalelang* le bakeng sa libano tse nkhang hamonate,+ 9 majoe a onikse le majoe a mang a hlongoang holim’a efoda+ le mokotlaneng oa sefuba.+

10 Bohle ba tsebang* ho etsa mosebetsi oa matsoho+ har’a lona ba ke ba tle ’me ba etse lintho tsohle tseo Jehova a laetseng hore li etsoe, 11 e leng tabernakele le tente* ea eona le sekoahelo sa eona, lihakisi tsa eona le liforeimi tsa eona, lipalo tsa eona, lipilara tsa eona le litšehetso tsa eona tse sekoti, 12 Areka+ le lipalo+ tsa eona, sekoahelo+ le kharetene+ e hakuoang ka pel’a eona, 13 tafole+ le lipalo tsa eona le lisebelisoa tsohle tsa eona le bohobe ba pontšo,+ 14 seluloana sa lebone+ bakeng sa khanya le lisebelisoa tsa sona le mabone a sona le oli ea ho khantša,+ 15 aletare ea libano+ le lipalo tsa eona, oli e halalelang le libano tse nkhang hamonate,+ kharetene ea monyako oa tabernakele, 16 aletare ea nyehelo ea secheso+ le sefe ea eona ea koporo, lipalo tsa eona le lisebelisoa tsohle tsa eona, beisine le seluloana sa eona,+ 17 masela a lepeletseng a lebala,+ lipilara tsa ’ona le litšehetso tsa tsona tse sekoti, kharetene ea keiti ea lebala, 18 litšepe* tsa tente ea tabernakele le litšepe tsa tente ea lebala le lithapo tsa tsona,+ 19 liaparo tse lohiloeng hantle+ bakeng sa ho sebeletsa ka sehalalelong, liaparo tse halalelang bakeng sa moprista Arone+ le liaparo tsa bara ba hae hore ba sebeletse e le baprista.’”

20 Sechaba sohle sa Baiseraele sa tloha ka pel’a Moshe. 21 Batho bohle bao lipelo tsa bona li neng li ba susumelletsa+ ho fana, ba tlisa menehelo ea bona ho Jehova hore e sebelisetsoe tabernakele,* bakeng sa tšebeletso eohle ea eona le bakeng sa liaparo tse halalelang. 22 Banna le basali ba ’na ba tla ’me kaofela ha bona ba fana ka menehelo ho tsoa pelong. Ba tlisa lipele, masale, lireng le mabenyane a mang, ho akarelletsa le mefuta eohle ea lintho tsa khauta. Kaofela ha bona ba ile ba tlisa linyehelo* tsa bona tsa khauta ho Jehova.+ 23 Bohle ba neng ba e-na le khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu, line ea boleng bo botle, boea ba poli, matlalo a liramo a fetotsoeng ’mala hore a be mafubelu le matlalo a liqibi,* ba li tlisa. 24 Bohle ba neng ba batla ho fana ka silevera le koporo ba tlisa monehelo oa Jehova ’me bohle ba neng ba e-na le lifate tsa leoka bakeng sa karolo leha e le efe ea mosebetsi ba li tlisa.

25 Basali bohle ba tsebang ho etsa mosebetsi oa matsoho+ ba tlisa lintho tseo ba li entseng, e leng khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle. 26 Basali bohle ba tsebang ho etsa mosebetsi oa matsoho, ba ileng ba ithaopa ho tsoa pelong, ba ile ba etsa khoele ka boea ba poli.

27 Likhosana tsa tlisa majoe a onikse le majoe a mang a tla hlongoa holim’a efoda le mokotlaneng oa sefuba+ 28 le balsame, oli e khantšang, oli e halalelang+ le libano tse nkhang hamonate.+ 29 Banna le basali bohle ba ileng ba ithaopa ho tsoa pelong, ba tlisa lintho bakeng sa mosebetsi oo Jehova a laetseng hore o etsoe a sebelisa Moshe. Baiseraele ba li tlisa ho Jehova e le nyehelo ea boithaopo.+

30 Moshe a re ho Baiseraele: “Jehova o khethile Bezaliele mora oa Uri mora oa Hure oa leloko la Juda.+ 31 Molimo o mo file moea oa hae e le hore a ka ba bohlale, a be le kutloisiso le tsebo ea ho etsa mesebetsi eohle ea matsoho, 32 a qape lisebelisoa, a sebetse ka khauta, silevera le koporo, 33 a betle majoe a bohlokoa le ho a kenya liluloaneng le hore a etse thepa ea mefuta eohle ea lepolanka. 34 Molimo o file eena le Oholiabe+ mora oa Ahisamake oa leloko la Dane bokhoni ba ho ruta. 35 O ba file bokhoni*+ ba ho etsa mosebetsi oohle oa setsebi sa mosebetsi oa matsoho le oa mokhabisi ea rokellang le oa selohi se sebelisang khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle le oa motho ea sebetsang ka foreimi e etsang masela. Banna bana ba tla etsa mesebetsi eohle le lisebelisoa tsa mefuta eohle.

36 Bezaliele o tla sebetsa le Oholiabe le banna bohle ba tsebang mosebetsi oa matsoho,* bao Jehova a ba fileng bohlale le kutloisiso e le hore ba tsebe ho etsa mosebetsi oohle oa tšebeletso e halalelang feela joalokaha Jehova a laetse.”+

2 Moshe a bitsa Bezaliele, Oholiabe le banna bohle ba tsebang mosebetsi oa matsoho bao Jehova a kentseng bohlale lipelong tsa bona,+ e leng banna bohle bao lipelo tsa bona li ileng tsa ba susumelletsa ho ithaopela ho etsa mosebetsi oo.+ 3 Ba nka monehelo+ oohle ho Moshe, oo Baiseraele ba neng ba u tlisitse bakeng sa mosebetsi oa tšebeletso e halalelang. Leha ho le joalo, ba ’na ba mo tlisetsa linyehelo tsa boithaopo hoseng ho hong le ho hong.

4 Ka mor’a hore ba qale ho etsa mosebetsi o halalelang, basebetsi bohle ba tsebang mosebetsi oa matsoho ba ne ba tla ba latellana 5 ’me ba re ho Moshe: “Sechaba se tlisa lintho tse ngata haholo ho feta tse hlokehang bakeng sa mosebetsi oo Jehova a laetseng hore o etsoe.” 6 Moshe a laela hore ho etsoe tsebiso hohle litenteng, e reng: “Banna le basali, le se ke la hlola le tlisa thepa e eketsehileng bakeng sa monehelo o halalelang.” Sechaba sa thibeloa ho tlisa lintho leha e le life. 7 Thepa e ne e lekane bakeng sa mosebetsi oohle o neng o tl’o etsoa. E ne e bile e feta tekanyo.

8 Basebetsi bohle ba tsebang mosebetsi oa matsoho+ ba etsa tabernakele+ ka masela a tente a leshome a line ea boleng bo botle e lohiloeng le ka khoele e putsoa, ulu e pherese le lesela le lefubelu ’me a* rokella mokhabiso oa likerubime ho ’ona.+ 9 Lesela ka leng la tente le ne le le bolelele ba limithara tse ka bang 12* ’me le le bophara ba limithara tse ka bang peli.* Masela ’ohle a tente a ne a lekana. 10 A kopanya masela a mahlano a tente hore e be lesela le le leng le leholo. A boela a kopanya masela a mang a mahlano a tente hore e be lesela le leng hape le leholo. 11 Ka mor’a moo a etsa likhoketsane* ka khoele e putsoa qetellong ea lesela ka leng le leholo moo masela ana a mabeli a tla kopanngoa teng. 12 A etsa likhoketsane tse 50 leseleng le leng le leholo la tente ’me a etsa likhoketsane tse 50 qetellong ea lesela le leng hape le leholo la tente e le hore likhoketsane li shebane moo li tl’o kopanngoa teng. 13 Qetellong, a etsa lihakisi tse 50 tsa khauta ’me a kopanya masela a tente ka tsona hore e be lesela le le leng la tabernakele.

14 A etsa masela a tente a 11+ a entsoeng ka boea ba poli ho koahela masela a line a holim’a tabernakele. 15 Lesela ka leng la tente le ne le le bolelele ba limithara tse ka bang 13* le bophara ba limithara tse ka bang peli.* Masela a 11 a tente a ne a lekana. 16 A kopanya masela a mahlano a tente hore e be lesela le le leng le leholo ’me a kopanya masela a mang a tšeletseng a tente hore e be lesela le le leng le leholo. 17 Ka mor’a moo, a etsa likhoketsane tse 50 qetellong ea lesela le leng le leholo la tente le likhoketsane tse 50 qetellong ea lesela le leng hape le leholo la tente moo masela ana a tla kopana teng. 18 A etsa lihakisi tse 50 tsa koporo bakeng sa ho kopanya tente hore e be ntho e le ’ngoe.

19 A etsetsa tente matlalo a liramo a fetotsoeng ’mala hore a be mafubelu bakeng sa ho e koahela le matlalo a liqibi* a tla lula holim’a ’ona.+

20 A etsa liforeimi tse emeng+ tsa tabernakele ka sefate sa leoka.+ 21 Foreimi ka ’ngoe e ne e le bolelele ba limithara tse ka bang ’nè* ’me bophara ba eona e le lisenthimithara tse ka bang 67.* 22 Foreimi ka ’ngoe e ne e e-na le likarolo tse peli tse khohlelang* tse kopantsoeng. O ile a etsa liforeimi tsohle tsa tabernakele ka tsela eo. 23 A etsa liforeimi tse 20 bakeng sa lehlakore le ka boroa la tabernakele. 24 A etsa litšehetso tse sekoti tsa silevera tse 40 hore li be ka tlas’a liforeimi tse 20, litšehetso tse peli tse sekoti tlas’a foreimi e le ’ngoe bakeng sa likarolo tsa eona tse peli tse khohlelang le litšehetso tse peli tse sekoti tlas’a foreimi e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa likarolo tsa eona tse peli tse khohlelang.+ 25 A etsa liforeimi tse 20 bakeng sa lehlakore le leng la tabernakele, e leng lehlakore le ka leboea 26 le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse 40 tsa silevera, litšehetso tse peli tse sekoti tlas’a foreimi e le ’ngoe le litšehetso tse peli tse sekoti tlas’a foreimi e ’ngoe le e ’ngoe.

27 A etsa liforeimi+ tse tšeletseng bakeng sa karolo e ka morao ea tabernakele, e leng karolo e ka bophirimela. 28 A etsa liforeimi tse peli tse tla ema lik’honeng tse peli tse ka morao tsa tabernakele. 29 Liforeimi tseo li ile tsa etsoa hore li be peli ho tloha tlase ho ea fihla holimo moo ho nang le reng ea pele. Ke seo a ileng a se etsa ka liforeimi tseo tse peli tse lik’honeng. 30 E ne e le liforeimi tse robeli le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse 16 tsa silevera. Ho ne ho e-na le litšehetso tse peli tse sekoti ka tlas’a foreimi ka ’ngoe.

31 A etsa lipalo ka sefate sa leoka. A etsa tse hlano bakeng sa liforeimi tse ka lehlakoreng le leng la tabernakele+ 32 le lipalo tse hlano bakeng sa liforeimi tse ka lehlakoreng le leng la tabernakele le tse hlano bakeng sa liforeimi tse karolong e ka morao ea tabernakele ka lehlakoreng le ka bophirimela. 33 A etsa hore palo e bohareng ba liforeimi e tlohe ntlheng e ’ngoe ho ea fihla ntlheng e ’ngoe. 34 A koahela liforeimi ka khauta ’me a etsa hore lireng tsa tsona tsa khauta e be litšehetso bakeng sa lipalo eaba o koahela lipalo ka khauta.+

35 A etsa kharetene+ ea sehalalelo ka khoele e putsoa, ka ulu e pherese, ka lesela le lefubelu le ka line ea boleng bo botle e lohiloeng. A rokella mokhabiso+ oa likerubime+ ho eona. 36 A e etsetsa lipilara tse ’nè ka sefate sa leoka eaba o li koahela ka khauta, a etsa le lihakisi tsa khauta ’me a etsetsa lipilara litšehetso tse ’nè tse sekoti tsa silevera. 37 Ka mor’a moo, a etsa kharetene ea monyako oa tente ka khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle e lohiloeng ’me a li rokella hammoho.+ 38 A etsa le lipilara tsa eona tse hlano le lihakisi tsa eona. A li koahela ka khauta ka holimo ’me a koahela le lireng* tsa tsona ka khauta empa litšehetso tsa tsona tse hlano tse sekoti e ne e le tsa koporo.

37 Bezaliele+ a etsa Areka+ ka sefate sa leoka. E ne e le bolelele bo ka holimonyana ho mithara,* e le bophara ba lisenthimithara tse ka bang 67* ’me e le bophahamo ba lisenthimithara tse ka bang 67.+ 2 A e koahela ka khauta e hloekileng ka ntle le ka hare ’me a etsa mokhabiso oa khauta ho e potoloha.+ 3 Ka mor’a moo, a e etsetsa lireng tse ’nè tsa khauta hore li be ka holim’a maoto a eona a mane. Lireng tse peli li ne li le ka lehlakoreng lena ’me tse ling tse peli li le ka lehlakoreng lane. 4 Ka mor’a moo, a etsa lipalo ka sefate sa leoka ’me a li koahela ka khauta.+ 5 A kenya lipalo ka har’a lireng mahlakoreng a Areka e le hore ho jaroe Areka.+

6 A etsa sekoahelo ka khauta e hloekileng.+ Se ne se le bolelele bo ka holimonyana ho mithara* ’me se le bophara ba lisenthimithara tse ka bang 67.*+ 7 A etsa likerubime+ tse peli lintlheng tse peli tsa sekoahelo+ ka khauta e tutsoeng ka hamore. 8 A etsa likerubime lintlheng tse peli tsa sekoahelo. Kerubime e ’ngoe e ne e le ka ntlheng ena ea sekoahelo, e ’ngoe e le ka ntlheng eane ea sona. 9 Likerubime tse peli tsa otlollela mapheo a tsona holimo, tsa koahela sekoahelo ka mapheo a tsona.+ Li ne li shebane ’me lifahleho tsa tsona li ne li shebile sekoahelong.+

10 A etsa tafole ka sefate sa leoka.+ Bolelele ba eona e ne e ka ba mithara,* e le bophara ba lisenthimithara tse ka bang 45* ’me e le bophahamo ba lisenthimithara tse ka bang 67.*+ 11 A e koahela ka khauta e hloekileng ’me a e etsetsa mokhabiso oa khauta ho e potoloha. 12 Ka mor’a moo, a etsa foreimi e bophara ba lisenthimithara tse ka bang supa* ho e potoloha le mokhabiso oa khauta ho potoloha foreimi. 13 Ho ekelletsa moo, a e etsetsa lireng tse ’nè tsa khauta ’me a beha lireng lik’honeng tse ’nè moo maoto a mane a neng a kentsoe teng. 14 Lireng li ne li le haufi le foreimi, e le litšehetso tsa lipalo tse sebelisetsoang ho jara tafole. 15 A etsa lipalo ka sefate sa leoka bakeng sa ho jara tafole ’me a li koahela ka khauta. 16 Ka mor’a moo, a etsa lisebelisoa tse tla lula holim’a tafole ka khauta e hloekileng e leng lijana tsa eona, likopi tsa eona, likotlolo tsa eona le lijeke tsa eona tseo linyehelo tsa lino li neng li tla tšeloa ka tsona.+

17 A etsa seluloana sa lebone+ ka khauta e hloekileng. A se etsa ka khauta e tutsoeng ka hamore. Bokatlase ba sona, kutu ea sona, likhakeletsi tsa sona, likotola tsa sona le lithunthung tsa sona e ne e le ntho e le ’ngoe.+ 18 Makala a tšeletseng a ne a hlahella kutung ea sona. Makala a mararo a seluloana sa lebone a ne a hlahella lehlakoreng lena la sona ’me makala a mang a mararo a hlahella lehlakoreng lane la sona. 19 Likhakeletsi tse tharo tse bopehileng joaloka lipalesa tsa almonde li ne li le sehlopheng se le seng sa makala, li e-na le likotola le lithunthung tse latellanang ’me likhakeletsi tse tharo tse bopehileng joaloka lipalesa tsa almonde li ne li le sehlopheng se seng sa makala, li e-na le likotola le lithunthung tse latellanang. Ke kamoo makala a tšeletseng a hlahellang kutung ea seluloana sa lebone a neng a entsoe kateng. 20 Kutung ea seluloana sa lebone ho ne ho e-na le likhakeletsi tse ’nè tse bopehileng joaloka lipalesa tsa almonde ’me likotola le lithunthung li ne li latellana. 21 Ho ne ho e-na le kotola ka tlas’a makala a mabeli a qalang a neng a hlahella kutung le kotola tlas’a makala a mang a mabeli a latelang le kotola tlas’a makala a mang hape a mabeli a latelang bakeng sa makala a tšeletseng a hlahellang kutung ea seluloana sa lebone. 22 Likotola le makala le seluloana sa lebone kaofela e ne e le ntho e le ’ngoe e entsoeng ka khauta e hloekileng, e tutsoeng ka hamore. 23 A etsa mabone+ a sona a supileng le litong* tsa sona le lipane tsa sona tsa mollo ka khauta e hloekileng. 24 A etsa seluloana sa lebone le lisebelisoa tsohle tsa sona ka khauta e hloekileng ea boima ba lik’hilokramo tse ka bang 34.*

25 A etsa aletare ea libano+ ka sefate sa leoka. E ne e e-na le mahlakore a mane a lekanang, e le bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 45* le bophara ba lisenthimithara tse ka bang 45 ’me bophahamo ba eona e ne e ka ba mithara.* Manaka a eona e ne e le ntho e le ’ngoe le eona.+ 26 A koahela karolo e ka holimo ea eona le mahlakore ’ohle a eona le manaka a eona ka khauta e hloekileng ’me a etsa mokhabiso oa khauta ho e potoloha. 27 A e etsetsa lireng tse peli tsa khauta tlas’a mokhabiso oo oa eona mahlakoreng a eona a mabeli a shebaneng hore li kenye lipalo tseo e tla jaroa ka tsona. 28 Ka mor’a moo, a etsa lipalo ka sefate sa leoka ’me a li koahela ka khauta. 29 A boela a etsa oli e halalelang*+ le libano+ tse hloekileng tse nkhang hamonate ’me li ne li tsoakiloe ka bokhabane.*

38 A etsa aletare ea nyehelo ea secheso ka sefate sa leoka. E ne e e-na le mahlakore a mane a lekanang, e le bolelele ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli,* bophara ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli le bophahamo bo ka holimonyana ho mithara.*+ 2 A etsa manaka a eona lik’honeng tsa eona tse ’nè. Manaka a eona e ne e le ntho e le ’ngoe le eona eaba o e koahela ka koporo.+ 3 Ka mor’a moo, a etsa lisebelisoa tsohle tsa aletare e leng linkho, likharafu, likotlolo, lifereko le lipane tsa mollo. A etsa lisebelisoa tsohle tsa eona ka koporo. 4 A boela a etsetsa aletare sefe ea koporo tlas’a foreimi ea eona, ho elella tlase bohareng ba eona. 5 A etsa lireng tse ’nè lik’honeng tse ’nè haufi le sefe ea koporo e le litšehetso bakeng sa lipalo. 6 Ka mor’a moo, a etsa lipalo ka sefate sa leoka ’me a li koahela ka koporo. 7 A kenya lipalo ka har’a lireng tse mahlakoreng a aletare bakeng sa ho e jara. A etsa aletare hore e be lebokose le bulehileng la mapolanka.

8 A etsa beisine ea koporo+ le seluloana sa eona sa koporo. A li etsa ka liipone* tsa basali ba neng ba hlophisitsoe hore ba sebeletse monyako oa tabernakele.*

9 Eaba o kampela lebala.+ Ka lehlakoreng le ka boroa a kampela lebala ka masela a lepeletseng a line ea boleng bo botle e lohiloeng, a etsang bolelele ba limithara tse ka bang 45.*+ 10 Ho ne ho e-na le lipilara tse 20 le litšehetso tse sekoti tse 20 tsa koporo ’me lihakisi tsa lipilara le lireng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. 11 Hape, ka lehlakoreng le ka leboea, ho ne ho e-na le masela a lepeletseng a etsang bolelele ba limithara tse ka bang 45.* Lipilara tsa ’ona tse 20 le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse 20 e ne e le tsa koporo. Lihakisi tsa lipilara le lireng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. 12 Ka lehlakoreng le ka bophirimela, masela a lepeletseng a ne a le bophara ba limithara tse ka bang 22.* Ho ne ho e-na le lipilara tse leshome le litšehetso tse sekoti tse leshome ’me lihakisi tsa lipilara le lireng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. 13 Lehlakore le ka bochabela le ne le le bophara ba limithara tse ka bang 22.* 14 Ho ne ho e-na le masela a lepeletseng a limithara tse ka bang supa* ka lehlakoreng le leng la keiti le lipilara tse tharo le litšehetso tse sekoti tse tharo. 15 Ka lehlakoreng le leng la keiti ea lebala le teng ho ne ho e-na le masela a lepeletseng a limithara tse ka bang supa* le lipilara tse tharo le litšehetso tse sekoti tse tharo. 16 Masela ’ohle a lepeletseng ho potoloha lebala e ne e le a line ea boleng bo botle e lohiloeng. 17 Litšehetso tse sekoti bakeng sa lipilara e ne e le tsa koporo, lihakisi tsa lipilara le lireng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. Lipilara li ne li koahetsoe ka silevera lihloohong tsa tsona ’me ho ne ho e-na le lintho tse tlamang tsa silevera bakeng sa lipilara tsohle tsa lebala.+

18 Kharetene ea keiti ea lebala e ne e lohiloe ka khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle e lohiloeng. E ne e le bolelele ba limithara tse ka bang robong* ’me e le bophahamo ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli,* e lekana le masela a lepeletseng a lebala+ ka bophahamo. 19 Lipilara tsa eona tse ’nè le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse ’nè e ne e le tsa koporo. Lihakisi le lireng* tsa eona e ne e le tsa silevera ’me lipilara li ne li koahetsoe ka silevera lihloohong tsa tsona. 20 Litšepe* tsohle tsa tente bakeng sa tabernakele le bakeng sa lebala kaofela e ne e le tsa koporo.+

21 Lethathamo le latelang* ke leo Moshe a ileng a laela hore le etsoe. Ke la lintho tse sebelisitsoeng ho haha tabernakele, e leng tabernakele ea Bopaki.+ E ne e le boikarabelo ba Balevi+ ho le etsa, ba tataisoa ke Ithamare+ mora oa moprista Arone. 22 Bezaliele+ mora oa Uri mora oa Hure oa leloko la Juda a etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. 23 O ne a e-na le Oholiabe+ mora oa Ahisamake oa leloko la Dane, eo e neng e le setsebi sa mosebetsi oa matsoho le mokhabisi ea rokang ebile e le selohi sa khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle.

24 Khauta eohle e ileng ea sebelisoa bakeng sa mosebetsi oohle oa sebaka se halalelang e ne e le khauta e neng e fanoa e le nyehelo e tsokoang.+ E ne e le boima ba lik’hilokramo tse ka bang 1 000* ho ea ka tekanyo e sebelisoang sebakeng se halalelang.* 25 Silevera ea ba ngolisitsoeng sechabeng e ne e le boima ba lik’hilokramo tse ka bang 3 440* ho ea ka tekanyo e sebelisoang sebakeng se halalelang.* 26 Monna e mong le e mong ea neng a le har’a ba ngolisitsoeng ho tloha ka ba lilemo li 20 ho ea holimo,+ a tlisa silevera e etsang likramo tse ka bang tšelela* ho ea ka tekanyo e sebelisoang sebakeng se halalelang* ’me banna bana ba ne ba le 603 550.+

27 Ho ile ha sebelisoa silevera e etsang lik’hilokramo tse 3 420* ho etsa litšehetso tse sekoti tsa sebaka se halalelang le litšehetso tse sekoti tsa kharetene ea sehalalelo. Litšehetso tse sekoti tse 100 li ne li lekana le lik’hilokramo tse 3 420, setšehetso ka seng se sekoti+ se ne se etsa lik’hilokramo tse ka bang 34.* 28 A etsa lihakisi bakeng sa lipilara ka silevera e boima ba lik’hilokramo tse ka bang 20* ’me a koahela lihlooho tsa lipilara ka silevera eaba o li kopanya hammoho.

29 Koporo ea nyehelo* e ne e etsa lik’hilokramo tse ka bang 2 420.* 30 Ka eona a etsa litšehetso tse sekoti tsa monyako oa tabernakele,* aletare ea koporo le sefe ea eona ea koporo, lisebelisoa tsohle tsa aletare, 31 litšehetso tse sekoti ho potoloha lebala, litšehetso tse sekoti tsa keiti ea lebala le litšepe* tsohle tsa tente tsa tabernakele le litšepe tsohle tsa tente+ ho potoloha lebala.

39 Ba etsa liaparo tse lohiloeng hantle bakeng sa ho sebeletsa sebakeng se halalelang, ba li etsa ka khoele e putsoa, ulu e pherese le lesela le lefubelu.+ Ba etsa liaparo tse halalelang bakeng sa Arone+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

2 Bezaliele a etsa efoda+ ka khoele e ’mala oa khauta, khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le ka line ea boleng bo botle e lohiloeng. 3 Ba tula masenke a khauta ka hamore hore e be masenke a masesaane eaba o a seha hore e be likhoele tse tla lohelloa le khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle ’me a roka efoda ka tsona. 4 Ba etsetsa efoda masela a mabeli a kopantsoeng mahetleng ’me a ne a kopantse karolo ea eona e ka pele le e ka morao. 5 Lebanta le lohiloeng le neng le rokelletsoe holim’a efoda hore le e fase ka thata,+ le ne le lohiloe ka lintho tse tšoanang le tsa efoda, e leng ka khoele e ’mala oa khauta, khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle e lohiloeng feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

6 Ba hloma majoe a onikse liluloaneng tsa khauta ’me ba ngola mabitso a bara ba Iseraele ka ho a fata majoeng ao ka mongolo o kang oa letšoao la tiiso.+ 7 A a beha holim’a masela a efoda a mahetleng e le majoe a sehopotso ho bara ba Iseraele+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. 8 Ka mor’a moo, a etsa mokotlana oa sefuba.+ Mokhabisi ea rokellang o ne a o entse joaloka efoda. A o entse ka khoele e ’mala oa khauta, khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le ka line ea boleng bo botle e lohiloeng.+ 9 Mokotlana oa sefuba o ne o e-na le mahlakore a mane a lekanang ha o mennoe. O ne o le bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 22* le bophara ba lisenthimithara tse ka bang 22. 10 Ba etsa mela e mene ea majoe holim’a oona. Moleng oa pele ho ne ho e-na le lejoe la rubi, la topaze le la emeralde. 11 Moleng oa bobeli ho ne ho e-na le lejoe la thekoise, la safire le la jaspere. 12 Moleng oa boraro ho ne ho e-na le lejoe la lesheme,* la agate le la amethiste. 13 Moleng oa bone ho ne ho e-na le lejoe la krisolite, la onikse le la jade. A ne a hlonngoe liluloaneng tsa khauta. 14 Majoe ao a ne a lekana le mabitso a 12 a bara ba Iseraele. Mabitso ao a ne a ngotsoe ka mongolo o fatiloeng o kang oa letšoao la tiiso, lebitso ka leng le emela leloko le le leng la maloko a 12.

15 Ba etsa liketane tse lohiloeng holim’a mokotlana oa sefuba, tse joaloka liropo tsa khauta e hloekileng.+ 16 Ba etsa liluloana tse peli tsa khauta le lireng tse peli tsa khauta eaba ba khomaretsa lireng tseo tse peli lik’honeng tse peli tsa mokotlana oa sefuba. 17 Ka mor’a moo ba kenya lithapo tse peli tsa khauta masobeng a lireng tse peli tse lik’honeng tsa mokotlana oa sefuba. 18 Ba kenya lintlha tse peli tsa liropo tse peli ka har’a liluloana tse peli ’me ba li khomaretsa holim’a masela a mahetleng, karolong e ka pele ea efoda. 19 Ka mor’a moo, ba etsa lireng tse peli tsa khauta ’me ba li beha lik’honeng tse peli tse ka hare tsa mokotlana oa sefuba, li shebane le efoda.+ 20 Ba etsa lireng tse ling tse peli tsa khauta ’me ba li beha karolong e ka pele ea efoda, tlas’a masela a mabeli a kopantsoeng mahetleng, ka holim’a lebanta le lohiloeng haufi le moo lebanta le kopanyang efoda teng. 21 Qetellong ba tlama mokotlana oa sefuba ka thapo e putsoa ho tloha ho lireng tsa oona ho ea ho lireng tsa efoda e le hore mokotlana oa sefuba o lule holim’a efoda ka holim’a lebanta le lohiloeng feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

22 Joale a etsa seaparo se se nang matsoho sa efoda, se lohiloeng ke motho ea sebetsang ka foreimi e etsang masela. A se etsa kaofela ka khoele e putsoa.+ 23 Seaparo se se nang matsoho se ne se e-na le lesoba molaleng* le joaloka lesoba la seaparo sa tšepe. Lesoba la seaparo sena le ne le e-na le lemeno ho le potoloha e le hore le se ke la taboha. 24 Ka mor’a moo, ba etsa likharenate lemenong le tlase la seaparo se se nang matsoho, ka khoele e putsoa, ulu e pherese le lesela le lefubelu li lohelletsoe hammoho. 25 Ba etsa litleloko tsa khauta e hloekileng ’me ba li kenya pakeng tsa likharenate ho potoloha lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho. 26 Ba ile ba etsa hore tleloko e lateloe ke kharenate, e be tleloko ’me pel’a eona e be kharenate, ba li kenya joalo ho potoloha lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho, se neng se aparoa bakeng sa tšebeletso ea boprista feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

27 Ba etsetsa Arone le bara ba hae+ liaparo tse telele ka line ea boleng bo botle, tse lohiloeng ke motho ea sebetsang ka foreimi e etsang masela 28 le tuku+ ea line ea boleng bo botle, masela a roaloang hloohong+ a khabisitsoeng a line ea boleng bo botle, marikhoe a makhutšoanyane*+ a line ea boleng bo botle e lohiloeng 29 le mabanta a line ea boleng bo botle a lohiloeng ka khoele e putsoa, ulu e pherese le lesela le lefubelu, li lohelletsoe hammoho feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

30 Qetellong ba etsa lesenke le benyang la khauta le halalelang.* Ba le etsa ka khauta e hloekileng ’me holim’a lona ba ngola mantsoe a ngotsoeng ka mongolo o fatiloeng o kang oa letšoao la tiiso, a reng: “Khalalelo ke ea Jehova.”+ 31 Ba le kenya thapo e entsoeng ka khoele e putsoa e le hore ba le behe holim’a tuku feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

32 Mosebetsi oohle oa tabernakele, e leng tente ea pokano, oa qetoa ’me Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe.+ Ba fela ba etsa joalo.

33 Ba tlisa lisebelisoa tsohle tsa tabernakele+ ho Moshe e leng masela a eona, lihakisi+ tsa eona, liforeimi+ tsa eona, lipalo+ tsa eona le lipilara tsa eona le litšehetso tsa eona tse sekoti,+ 34 matlalo a eona a e koahelang, e leng a liramo a fetotsoeng ’mala hore a be mafubelu,+ matlalo a eona a e koahelang e leng a liqibi,* kharetene+ e hakuoang ka pel’a areka, 35 areka ea Bopaki le lipalo+ tsa eona le sekoahelo.+ 36 Ba tlisa tafole le lisebelisoa+ tsohle tsa eona le bohobe ba pontšo, 37 seluloana sa lebone sa khauta e hloekileng, mabone+ a sona a entseng mola le lisebelisoa+ tsohle tsa sona le oli ea ho khantša.+ 38 Ba tlisa aletare+ ea khauta, oli e halalelang,*+ libano tse nkhang hamonate,+ kharetene+ ea monyako oa tente, 39 aletare ea koporo+ le sefe ea eona ea koporo, lipalo tsa eona,+ lisebelisoa tsohle tsa eona,+ beisine le seluloana sa eona.+ 40 Ba tlisa le masela a lepeletseng a lebala, lipilara tsa ’ona le litšehetso tsa tsona tse sekoti,+ kharetene+ ea keiti ea lebala, liropo tsa eona tsa tente le litšepe*+ tsa eona tsa tente le lisebelisoa tsohle tsa tšebeletso ea tabernakele, e leng tente ea pokano, 41 liaparo tse lohiloeng hantle bakeng sa ho sebeletsa ka sehalalelong, liaparo tse halalelang bakeng sa moprista Arone+ le liaparo tsa bara ba hae bakeng sa ho sebetsa e le baprista.

42 Baiseraele ba etsa mosebetsi oo oohle,+ ho ea ka sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. 43 Ha Moshe a hlahloba mosebetsi oohle oa bona, a bona hore ba ne ba o entse feela joalokaha Jehova a ne a laetse ’me Moshe a ba hlohonolofatsa.

40 Jehova a re ho Moshe: 2 “Ka letsatsi la pele la khoeli ea pele u hlome tabernakele, e leng tente ea pokano.+ 3 U behe areka ea Bopaki ka har’a eona+ ’me u hake kharetene+ ea sehalalelo hore e pate Areka. 4 U kenye tafole+ ka tabernakeleng ’me u hlophise lintho tse lulang holim’a tafole. U kenye le seluloana sa lebone+ ebe u khantša mabone+ a sona. 5 Ka mor’a moo, u behe aletare ea khauta ea libano+ ka pel’a areka ea Bopaki ’me u hake kharetene ea monyako oa tabernakele.+

6 U behe aletare ea nyehelo ea secheso+ ka pel’a monyako oa tabernakele, e leng tente ea pokano 7 ’me u behe beisine pakeng tsa tente ea pokano le aletare, ebe u tšela metsi ka har’a eona.+ 8 Joale u etse lebala+ ho e potoloha ’me u hake kharetene+ ea keiti ea lebala. 9 Ka mor’a moo, u nke oli+ e halalelang* ’me u tlotse tabernakele le lintho tsohle tse ka har’a eona.+ U e halaletse hammoho le lisebelisoa tsohle tsa eona e le hore e be ntho e halalelang. 10 U tlotse aletare ea nyehelo ea secheso le lisebelisoa tsohle tsa eona ’me u halaletse aletare e le hore e be aletare e halalelang ka ho fetisisa.+ 11 U tlotse beisine le seluloana sa eona ’me u e halaletse.

12 U tlise Arone le bara ba hae haufi le monyako oa tente ea pokano ’me u ba hlatsoe ka metsi.+ 13 U apese Arone liaparo+ tse halalelang, u mo tlotse+ u be u mo halaletse ’me o tla sebeletsa e le moprista oa ka. 14 Ka mor’a moo, u tlise bara ba hae ’me u ba apese liaparo tse telele.+ 15 U ba tlotse feela joalokaha u tlotsitse ntate oa bona+ e le hore ba sebeletse e le baprista ba ka ’me ho ba tlotsa ho bolela hore boprista e tla lula e le ba bona melokong eohle ea bona.”+

16 Moshe a etsa sohle seo Jehova a neng a mo laetse sona.+ A fela a etsa joalo.

17 Tabernakele e ile ea hlongoa+ ka letsatsi la pele la khoeli ea pele, selemong sa bobeli. 18 Ha Moshe a hloma tabernakele, o ile a beha litšehetso+ tsa eona tse sekoti fatše, a kenya liforeimi,+ a kenya lipalo+ tsa eona ’me a emisa lipilara tsa eona. 19 A ala masela a tente+ ka holim’a tabernakele ’me a a koahela ka masela a mang a koahelang+ ka holimo feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

20 Ka mor’a moo, a nka Bopaki+ ’me a bo kenya ka Arekeng+ eaba o kenya lipalo+ masobeng a lireng* tsa Areka ’me a beha sekoahelo+ holim’a Areka.+ 21 A kenya Areka ka har’a tabernakele ’me a haka kharetene+ ea sehalalelo ho pata areka ea Bopaki+ feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.

22 Hape a beha tafole+ ka ntle ho kharetene ea sehalalelo ka lehlakoreng le ka leboea la tabernakele, e leng ka tenteng ea pokano. 23 A beha bohobe+ holim’a tafole ka tsela eo bo lokelang ho lula ka eona ka pel’a Jehova feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

24 A beha seluloana sa lebone+ ka pel’a tafole ka lehlakoreng le ka boroa la tabernakele, e leng ka tenteng ea pokano. 25 A khantša mabone+ ka pel’a Jehova feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.

26 Ka mor’a moo, a beha aletare+ ea khauta ka tenteng ea pokano ka pel’a kharetene ea sehalalelo 27 e le hore a etse hore libano+ tse nkhang hamonate li kubelle holim’a eona+ feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.

28 A haka kharetene+ ea monyako oa tabernakele.

29 A beha aletare ea nyehelo ea secheso+ monyakong oa tabernakele e leng tente ea pokano e le hore a ka etsa nyehelo ea secheso+ le nyehelo ea lijo* ho eona feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

30 A beha beisine pakeng tsa tente ea pokano le aletare ’me a tšela metsi ka har’a eona bakeng sa ho itlhatsoa maoto le matsoho.+ 31 Moshe le Arone le bara ba hae ba ne ba itlhatsoa maoto le matsoho ho eona. 32 Neng kapa neng ha ba kena ka tenteng ea pokano kapa ba atamela aletare, ba ne ba itlhatsoa+ maoto le matsoho, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

33 Qetellong a kampela lebala+ ka masela ho potoloha tabernakele le aletare ’me a haka kharetene ea keiti ea lebala.+

Moshe a qeta mosebetsi. 34 Leru la koahela tente ea pokano ’me khanya ea Jehova ea tlala tabernakele.+ 35 Moshe o ne a sa khone ho kena ka tenteng ea pokano hobane leru le ne le lutse holim’a eona ’me khanya ea Jehova e ne e tletse ka tabernakeleng.+

36 Ha leru le phahama holim’a tabernakele, Baiseraele ba ne ba hlomolla litente tsa bona, ba tloha moo ba leng teng ’me ba ea sebakeng se seng.+ 37 Empa haeba leru le ne le sa phahame, ba ne ba sa hlomolle litente tsa bona ho fihlela letsatsing leo le phahamang ka lona.+ 38 Motšehare leru la Jehova le ne le e-ba holim’a tabernakele ’me bosiu mollo o ne o e-ba holim’a eona. Baiseraele bohle ba ne ba bona leru le mollo ona maetong ’ohle a bona.+

Ka Seheberu: “ba tsoileng lethekeng la Jakobo.”

Ka Seheberu: “Bara ba Iseraele.”

Kapa: “a le sebakeng sa ho lula sa ho beleha.”

Kapa: “bana.”

Kapa: “areka; ’manki.”

Ka Seheberu: “lehlaka la loli.”

E bolelang “Ea Ntšitsoeng,” e leng ea pholositsoeng metsing.

Kapa: “Ha Moshe a ntse a e-ba matla.”

Kapa: “a thusetsa.”

E leng Jethro.

E bolelang “Molichaba.”

Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “meqathatso.”

Kapa: “rapela.”

Kapa: “Batlang.”

Kapa: “Ke Tla ba Seo ke Tla ba Sona.” Sheba Ntlha ea A4.

Kapa: “lere.”

Kapa: “ea molomo o boima ’me ke leleme le boima.”

Ka Seheberu: “le molomo oa hao.”

Ka Seheberu: “ruta.”

Kapa: “u tla ba moemeli oa Molimo ho eena.”

Ka Seheberu: “ke tla tlohela pelo ea hae.”

Mohlomong ho buuoa ka mora oa Moshe.

Kapa: “thipa ea lejoe.”

Ho ka etsahala hore ebe ke maoto a lengeloi.

Hape ka Seheberu ho ka ’na ha thoe, “ka lebaka la lebollo.”

Ho lumelisa motho ka ho mo suna, joaloka ho mo suna lerameng, e ne e le ntho e tloaelehileng.

Kapa: “meroalong.”

Kapa: “se iketlile.”

Kapa: “le iketlile.”

Kapa: “le iketlile.”

Kapa: “le entse hore re nkhe hampe ka pel’a Faro le ka pel’a bahlanka ba hae.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “le otlolohileng.”

Kapa: “likahlolo.”

Ka Seheberu: “ka phahamisa letsoho.”

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a sona.”

Ka Seheberu: “Ke u entse Molimo.”

Ka Seheberu: “mabotho a ka.”

Kapa: “likahlolo.”

Ka Seheberu: “pelo ea Faro ea e-ba manganga.”

E leng melatsoana e tsoang Nokeng ea Nile.

Ka Seheberu: “Ke monoana oa Molimo.”

Mofuta oa ntsintsi e lomang.

E leng Baegepeta.

Kapa: “ho bapala ka rona.”

Mohlomong ho buuoa ka mahalima a matla.

Ka Seheberu: “ke tla otlollela matsoho a ka ho Jehova.”

Mofuta oa semela o neng o lengoa mehleng ea khale ’me ho etsoa masela a line ka sona.

Temaneng ena, ka Seheberu ho buuoa ka mefuta e ’meli ea koro. Mofuta o mong e ne e le oa boemo bo tlase o neng o lengoa Egepeta ea boholo-holo.

Kapa: “e ne e butsoa hamorao.”

Ka Seheberu: “a otlollela matsoho a hae ho Jehova.”

Ka Seheberu: “e tla ba leraba.”

Kapa: “kotlo e bolaeang.”

Ho bonahala eka e ne e le Moshe.

Ka Seheberu: “khola.”

Ka Seheberu: “eena le moahisani oa hae.”

Ka Seheberu: “ ’me phutheho eohle ea sechaba sa Iseraele.”

Ka Seheberu: “Le itlame matheka.”

Ka Seheberu: “meqathatso.”

Ka Seheberu: “ka mabotho.”

E leng konyana kapa potsanyane.

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “tšenyo.”

Ka Seheberu: “ntlo e nang le mokoti oa ho boloka metsi.”

E leng sehlopha se tsoakaneng sa batho bao e seng Baiseraele, ho akarelletsa le Baegepeta.

Ka Seheberu: “mabotho.”

Ka Seheberu: “mabotho.”

Kapa: “Behellang ka thoko.”

Ka Seheberu: “letsibolo le leng le le leng le bulang popelo e ’ngoe le e ’ngoe.”

Sheba Ntlha ea B15.

Ka Seheberu: “meeling.”

Ka Seheberu: “le pakeng tsa mahlo a hao.”

Ka Seheberu: “e le hore molao oa Jehova o ka ba molomong oa hao.”

Ka Seheberu: “e mong le e mong ea bulang popelo.”

Ka Seheberu: “e mong le e mong ea bulang popelo.”

Ka Seheberu: “pakeng tsa mahlo a hao.”

Ka Seheberu ke leru le kang pilara.

Ka Seheberu ke mollo o kang pilara.

Ka Seheberu: “ka letsoho le phahamisitsoeng.”

Ka Seheberu ke leru le kang pilara.

E leng hoo e ka bang pakeng tsa hora ea bobeli mesong le hora ea botšelela hoseng.

Ka Seheberu ke mollo o kang pilara.

“Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.

Ka Seheberu: “loto.”

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “bohlokong ba ho beleha.”

Kapa: “Bahatelli.”

Ka Seheberu: “thabeng ea lefa la hao.”

E bolelang “ho baba.”

Linonyana tse nyenyane tse tenya.

Ka Seheberu: “omere e le ’ngoe.” Omere e lekana le lilithara tse 2,2. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “omere e le ’ngoe.”

Ka Seheberu: “litekanyo tse peli tsa omere.”

Kapa: “la ho boloka sabatha.”

Kapa: “sa phomola.”

Ho ka etsahala hore le tsoa polelong ea Seheberu e reng “Ntho ee ke eng?”

Ka Seheberu: “omere e le ’ngoe.”

Ka Seheberu: “omere e le ’ngoe.”

Kapa: “moeling oa Kanana.”

Ka Seheberu: “Omere ke karolo ea leshome ea tekanyo ea efa.” Efa e lekana le lilithara tse 22. Sheba Ntlha ea B14.

E bolelang “Ho Leka, Teko.”

E bolelang “Ho Qabana.”

E bolelang “Jehova ke Letšoao la Ka.”

Ka Seheberu: “Jethro ntate oa mosali oa Moshe.”

E bolelang “Molichaba ea Lulang Moo.”

Ka Seheberu: “ka linako tsohle.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “letlotlo la ka la bohlokoa.”

Mohlomong “a hlajoe ka lerumo a le hole.”

Kapa: “halaletsa.”

Ka Seheberu: “Le se ke la atamela mosali.”

Kapa: “oa susumelletseha ho li sebeletsa.”

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “likeiti.”

Kapa: “mahlabelo a lona a ho etsa khotso.”

Ka Seheberu: “tseo ke tla etsa hore lebitso la ka le hopoloe ho tsona.”

Thulusi ena e ne e sebelisetsoa ho hohla le ho betla.

Ka Seheberu: “bofeela ba lona.”

Thulusi e motsu e phunyang masoba a manyenyane.

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “a lopolloe.”

Kapa mohlomong: “mong’a lekhoba.”

Kapa: “ea lakaletsang bomalimabe.”

Kapa mohlomong: “ka thulusi.”

Ka Seheberu: “le shoa tlas’a letsoho la hae.”

Ka Seheberu: “ ’me bana ba hae ba tsoa pele ho nako.”

Kapa: “ba sa tsoe kotsi haholo.”

Kapa: “ ’molai le eena o lokela ho bolaoa.”

Kapa: “a patale molato.”

Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ea behileng letsoho holim’a.”

Lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng mona le bolela mosali ea e-s’o ka a etsa thobalano.

Mona Seheberu se bua ka moloi oa mosali.

Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”

Kapa: “hlorileng.”

Ka Seheberu: “nama.”

Kapa: “mosa.”

Kapa: “ ’musi.”

E leng oli kapa veine.

Kapa: “bo kotsi.”

Kapa: “bopaki boo batho ba bangata ba fanang ka bona.”

Kapa: “ea khopo ha a molato.”

Kapa: “hobane le tseba bophelo ba ho ba molichaba.”

Sheba Ntlha ea B15.

Hape o tsejoa e le Mokete oa Libeke kapa oa Pentekonta.

Hape o tsejoa e le Mokete oa Maphephe (Litabernakele).

Kapa: “la susumelletseha ho e sebeletsa.”

Kapa: “linyopa.”

Kapa mohlomong: “ho tšoha; ho thothomela.”

Ka Seheberu: “ka selemo se le seng.”

E leng ea Eufrate.

Ka Seheberu: “e tla ba leraba ho lona.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bolou.”

Kapa: “boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu.”

Kapa: “le ’mala o sekareleta oa kokase.”

E leng phoofolo ea leoatleng.

Oli ena e ne e tšeloa hloohong ea motho ea khethoang hore a etse mosebetsi o itseng.

Ho ka etsahala hore ebe ho buuoa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.

Kapa: “lebokose.”

Ka Seheberu: “litsoe tse peli le halofo.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “setsoe le halofo.”

Ka Seheberu: “litsoe tse peli le halofo.”

Ka Seheberu: “setsoe le halofo.”

Ka Seheberu: “litsoe tse peli.”

Ka Seheberu: “setsoe se le seng.”

Ka Seheberu: “setsoe le halofo.”

Ka Seheberu: “bophara ba seatla.” Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “Matlao.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “talenta.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litsoe tse 28.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litsoe tse ’nè.”

Khoele e rokeletsoeng hore e etse lesoba

Ka Seheberu: “litsoe tse 30.”

Ka Seheberu: “litsoe tse ’nè.”

Masoba a entsoeng ka khoele.

Masoba a entsoeng ka khoele.

Ka Seheberu: “setsoe se le seng.”

E leng phoofolo ea leoatleng.

Ka Seheberu: “litsoe tse leshome.”

Ka Seheberu: “setsoe le halofo.”

Kapa: “lipalo tse emeng.”

Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”

Ka Seheberu: “litsoe tse tharo.”

Kapa: “molora o mafura” e leng molora o tšetsoeng ke mafura a mahlabelo.

Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”

Kapa: “lihokelo.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”

Kapa: “lihokelo.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 15.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 15.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”

Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”

E leng litšepe tse khutšoanyane tse kokotelloang fatše hore li tšehetse tente.

E leng litšepe tse khutšoanyane tse kokotelloang fatše hore li tšehetse tente.

Ka Seheberu: “tente ea pokano.”

Ka Seheberu: “ba nang le pelo e bohlale.”

Ka Seheberu: “boahlamo ba seatla.” Sheba Ntlha ea B14.

Ke lejoe la bohlokoa le sa tsejoeng. Mohlomong ke la amber, hiasinthe, opale kapa tourmaline.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bakeng sa hlooho.”

Kapa: “mangenengene.”

Ka Seheberu: “u tlatse matsoho a bona.”

Kapa: “liaparo tsa ka hare.”

Ka Seheberu: “tenteng ea pokano.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “tente ea pokano.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “pontšo e halalelang ea boinehelo.”

Oli ena e ne e tšeloa hloohong ea motho ea khethoang hore a etse mosebetsi o itseng.

Ka Seheberu: “tente ea pokano.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “tente ea pokano.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “oa khatholla.”

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “tenteng ea pokano.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “tente ea pokano.” Sheba Tlhaloso.

E leng motho eo e seng oa leloko la Arone.

Ka Seheberu: “u tlatsa letsoho la bona.”

Ka Seheberu: “karolo ea leshome ea efa.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “kotara ea hine.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “tente ea pokano.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “tente ea pokano.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “setsoe se le seng.” Hoo e ka bang lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litsoe tse peli.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “halofo ea shekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “ho ea ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “ligera tse 20.” Gera e lekana le likramo tse 0,57. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “halofo ea shekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “tente ea pokano.”

Ka Seheberu: “tenteng ea pokano.”

Kapa: “ho ea ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “hine e le ’ngoe.” Sheba Ntlha ea B14.

Oli ena e ne e tšeloa hloohong ea motho ea khethoang hore a etse mosebetsi o itseng.

Kapa: “E be joalokaha eka e entsoe ke setsebi sa lintho tse tlotsang.”

Ka Seheberu: “tente ea pokano.”

E leng motho eo e seng oa leloko la Arone.

Kapa: “o be joalokaha eka o entsoe ke setsebi sa lintho tse itlotsang.”

Ka Seheberu: “tenteng ea pokano.”

Ka Seheberu: “bitsitse ka lebitso.”

Ka Seheberu: “pelo e bohlale.”

Ka Seheberu: “tente ea pokano.”

Oli ena e ne e tšeloa hloohong ea motho ea khethoang hore a etse mosebetsi o itseng.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”

Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”

Ka Seheberu: “se melala e sataletseng.”

Kapa: “u ikutloe u soabile ka.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “a ikutloa a soabile.”

Kapa: “ketso e matla.”

Ka Seheberu: “Tlatsang matsoho a lona.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “se melala e sataletseng.”

Ka Seheberu: “se melala e sataletseng.”

Ka Seheberu ke leru le kang pilara.

Kapa: “Ke u khethile.”

Ka Seheberu: “u fumane kamohelo mahlong a ka.”

Ka Seheberu: “ke fumane kamohelo mahlong a hao.”

Ka Seheberu: “re fumane kamohelo mahlong a hao.”

Ka Seheberu: “u fumane kamohelo mahlong a ka.”

Kapa: “mosa.”

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ea tšepahalang.”

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

A thetsitse fatše ka hlooho.

Ka Seheberu: “Haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao.”

Ka Seheberu: “melala e sataletseng.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “Jehova, lebitso la hae ke.”

Kapa: “ea sa lumelleng hore ba bang ba hlolisane le eena.”

Polelo ena ke mokhabo-puo. Sheba Tlhaloso.

Polelo ena ke mokhabo-puo. Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ea B15.

Ka Seheberu: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bulang popelo.”

Kapa: “u boloke sabatha.”

Hape o tsejoa e le Mokete oa Maphephe (Litabernakele).

Mona ho buuoa ka Jehova. Sheba temana ea 1.

Ka Seheberu: “Mantsoe a Leshome.”

Ka Seheberu: “eena.”

E leng phoofolo ea leoatleng.

Oli ena e ne e tšeloa hloohong ea motho ea khethoang hore a etse mosebetsi o itseng.

Ka Seheberu: “ba nang le pelo e bohlale.”

Ho ka etsahala hore ho buuoa ka masela a entsoeng ka boea ba poli. (Exoda 26:7)

E leng litšepe tse khutšoanyane tse kokotelloang fatše hore li tšehetse tente.

Ka Seheberu: “tente ea pokano.”

Kapa: “linyehelo tse tsokoang.”

E leng phoofolo ea leoatleng.

Ka Seheberu: “pelo e bohlale.”

Ka Seheberu: “le monna e mong le e mong ea nang le pelo e bohlale.”

Mona ho buuoa ka Bezaliele.

Ka Seheberu: “litsoe tse 28.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litsoe tse ’nè.”

Masoba a entsoeng ka khoele.

Ka Seheberu: “litsoe tse 30.”

Ka Seheberu: “litsoe tse ’nè.”

E leng phoofolo ea leoatleng.

Ka Seheberu: “litsoe tse leshome.”

Ka Seheberu: “setsoe le halofo.”

Kapa: “lipalo tse emeng.”

Kapa: “lihokelo.”

Ka Seheberu: “litsoe tse peli le halofo.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “setsoe le halofo.”

Ka Seheberu: “litsoe tse peli le halofo.”

Ka Seheberu: “setsoe le halofo.”

Ka Seheberu: “litsoe tse peli.”

Ka Seheberu: “setsoe se le seng.”

Ka Seheberu: “setsoe le halofo.”

Ka Seheberu: “bophara ba seatla.” Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “matlao.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “talenta.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “setsoe se le seng.”

Ka Seheberu: “litsoe tse peli.”

Oli ena e ne e tšeloa hloohong ea motho ea khethoang hore a etse mosebetsi o itseng.

Kapa: “joalokaha eka ke mosebetsi o entsoeng ke setsebi sa lintho tse tlotsang.”

Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litsoe tse tharo.”

E leng liipone tsa tšepe tse bentšitsoeng haholo.

Ka Seheberu: “tente ea pokano.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”

Kapa: “lihokelo.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”

Kapa: “lihokelo.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”

Kapa: “lihokelo.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 15.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 15.”

Kapa: “lihokelo.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”

Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”

Kapa: “lihokelo.”

E leng litšepe tse khutšoanyane tse kokotelloang fatše hore li tšehetse tente.

Le hlaha temaneng ea 24-31.

Ka Seheberu: “litalenta tse 29 le lishekele tse 730.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “ho ea ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “litalenta tse 100 le lishekele tse 1 775.”

Kapa: “ho ea ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “halofo ea shekele.”

Kapa: “ho ea ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “litalenta tse 100.”

Ka Seheberu: “talenta e le ’ngoe.”

Ka Seheberu: “lishekele tse 1 775.”

Kapa: “nyehelo e tsokoang.”

Ka Seheberu: “litalenta tse 70 le lishekele tse 2 400.”

Ka Seheberu: “tente ea pokano.”

E leng litšepe tse khutšoanyane tse kokotelloang fatše hore li tšehetse tente.

Ka Seheberu: “boahlamo ba seatla.” Sheba Ntlha ea B14.

Ke lejoe la bohlokoa le sa tsejoeng. Mohlomong ke la amber, hiasinthe, opale kapa tourmaline.

Kapa: “lesoba bakeng sa hlooho.”

Kapa: “liaparo tsa ka hare.”

Kapa: “ba etsa pontšo e halalelang ea boinehelo.”

E leng phoofolo ea leoatleng.

Oli ena e ne e tšeloa hloohong ea motho ea khethoang hore a etse mosebetsi o itseng.

E leng litšepe tse khutšoanyane tse kokotelloang fatše hore li tšehetse tente.

Oli ena e ne e tšeloa hloohong ea motho ea khethoang hore a etse mosebetsi o itseng.

Kapa: “mehele.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela