Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Deuteronoma 1:1-34:12
  • Deuteronoma

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Deuteronoma
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Deuteronoma

DEUTERONOMA

1 Ana ke mantsoe ao Moshe a ileng a a bolella Baiseraele bohle lefeelleng sebakeng sa Jordane, lehoatateng ka pel’a Sufe, pakeng tsa Parane, Tofele, Labane, Hazerothe le Dizahabe. 2 Ho nka matsatsi a 11 ho tloha Horebe ho ea Kadeshe-barnea+ ka tsela ea Thaba ea Seire. 3 Ka letsatsi la pele khoeling ea bo11 selemong sa bo40,+ Moshe a bua le Baiseraele* ’me a ba bolella sohle seo Jehova a mo laetseng hore a ba bolelle sona. 4 E ne e le ka mor’a hore a hlole Sihone+ morena oa Baamore ea neng a lula Heshbone le Oge+ morena oa Bashane ea neng a lula Ashtarothe, Edrei.+ 5 Moshe a hlalosa Molao+ ona sebakeng sa Jordane naheng ea Moabe a re:

6 “Jehova Molimo oa rona o buile le rona Horebe a re, ‘Le lutse nako e telele sebakeng sena se lithaba.+ 7 Tlohang ’me le ee lithabeng tsa Baamore+ le ho baahisani bohle ba bona ba leng Araba+ lithabeng, Shefela, Negebe, lebopong la leoatle,+ naheng ea Bakanana, Lebanone*+ le ho fihlela nokeng e kholo e leng noka ea Eufrate.+ 8 Ke behile naha ena ka pel’a lona. Kenang ’me le nke naha eo Jehova a ikanneng ho bo-ntat’a lona, Abrahama, Isaka+ le Jakobo+ hore o tla ba fa eona le litloholo* tsa bona.’+

9 Ke ile ka re ho lona ka nako eo, ‘Ha ke khone ho le etella pele ke le mong.+ 10 Jehova Molimo oa lona o le atisitse, kajeno ke lona bana le bangata joaloka linaleli tsa maholimo.+ 11 E se eka Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona, a ka le atisa+ ka makhetlo a sekete ho feta kamoo le leng kateng ’me e se eka a ka le hlohonolofatsa feela joalokaha a le tšepisitse.+ 12 Nka jara mathata a lona a boima le liqabang tsa lona joang ke le mong?+ 13 Khethang banna ba bohlale, ba nang le kutloisiso le ba nang le boiphihlelo melokong ea lona ’me ke tla ba beha hore ba le etelle pele.’+ 14 Eaba lea nkaraba le re, ‘Ntho eo u reng re e etse e molemo.’ 15 Kahoo, ka nka banna bao e leng lihlooho melokong ea lona, banna ba bohlale le ba nang le boiphihlelo ’me ka ba beha hore e be baeta-pele ba lona, balaoli ba ba likete, balaoli ba ba makholo, balaoli ba ba mashome a mahlano, balaoli ba ba mashome le liofisiri tsa meloko ea lona.+

16 Ka nako eo, ka laela baahloli ba lona ka re, ‘Ha le mamela taba eo batho ba e tlisang ebang ke pakeng tsa Baiseraele ba babeli kapa pakeng tsa Moiseraele le molichaba+ ea lulang le lona, le ahlole ka toka.+ 17 Le se ke la ba leeme* ha le ahlola.+ Le mamele motho ea maemong a tlase joalokaha le mamela ea maemong a holimo.+ Ho se ke ha e-ba le motho ea le tšosang+ kaha kahlolo ke ea Molimo.+ Haeba nyeoe e le boima haholo le e tlise ho ’na ’me ke tla e mamela.’+ 18 Ka nako eo, ke ile ka le laela hore na ke lintho life tseo le lokelang ho li etsa.

19 Joale ra tloha Horebe ’me ra tsamaea lefeelleng+ leo le leholo le tšosang leo le le boneng ha le le tseleng e eang sebakeng se lithaba sa Baamore+ feela joalokaha Jehova Molimo oa rona a ne a re laetse ’me qetellong ra fihla Kadeshe-barnea.+ 20 Eaba ke re ho lona, ‘Le fihlile sebakeng se lithaba sa Baamore, seo Jehova Molimo oa rona a re fang sona. 21 Jehova Molimo oa lona o le file naha ena. Nyolohang, e nkeng hore e be ea lona feela joalokaha Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona a le boleletse.+ Le se ke la tšoha kapa la haroha matsoalo.’

22 Leha ho le joalo, kaofela ha lona le ile la tla ho ’na ’me la re, ‘A re romeleng banna hore ba re hlahlobele naha ’me ba re bolelle hore na re tsamaee ka tsela efe le hore na re tl’o kopana le metse e joang.’+ 23 Tlhahiso eo e ne e utloahala ho ’na, kahoo ka khetha banna ba 12 ho lona, a le mong ho tsoa lelokong ka leng.+ 24 Ba tloha ’me ba nyolohela sebakeng se lithaba+ eaba ba fihla Khohlong* ea Eshkole ’me ba hlahloba naha. 25 Ba nka tse ling tsa litholoana tsa naha eo eaba ba re tlisetsa tsona ’me ba re tlalehela ba re, ‘Naha eo Jehova Molimo oa rona a re fang eona e ntle.’+ 26 Empa le ile la hana ho nyolohela naheng eo ’me ha lea ka la mamela taelo ea Jehova Molimo oa lona.+ 27 La ’na la korotla litenteng tsa lona la re, ‘Jehova o re ntšitse naheng ea Egepeta ho nehelana ka rona ho Baamore hore ba re felise hobane a re hloile. 28 Re ea sebakeng se joang? Bana ba bo rona ba re nyahamisitse*+ ba re, “Re bone batho ba matla le ba balelele ho re feta le metse ea bona e meholo ’me marako a eona a fihla maholimong*+ hape re bone bara ba Baanake+ moo.”’

29 Kahoo ka re ho lona, ‘Le se ke la tšoha kapa la ba tšaba.+ 30 Jehova Molimo oa lona o tla tsamaea ka pel’a lona ’me o tla le loanela+ feela joalokaha le ile la bona ha a le loanela naheng ea Egepeta.+ 31 Hape le bone kamoo Jehova Molimo oa lona a ileng a le hlokomela kateng lefeelleng feela joalokaha ntate a hlokomela mora oa hae, hohle moo le tsamaileng ho fihlela le fihla sebakeng sena.’ 32 Empa ho sa tsotellehe tsena tsohle, ha lea ka la tšepa Jehova Molimo oa lona+ 33 ea neng a le etella pele tseleng ho ea le batlela sebaka seo le ka hlomang litente ho sona. O ne a le etella pele ka mollo bosiu le ka leru motšehare hore le bone tsela eo le tla tsamaea ka eona.+

34 Ka nako ena eohle Jehova o ne a utloa seo le se buang, a halefa ’me a hlapanya+ a re, 35 ‘Ha ho le ea mong oa banna bana ba moloko ona o khopo ea tla bona naha e ntle eo ke hlapantseng hore ke tla e fa bo-ntat’a lona.+ 36 Ke Kalebe feela mora oa Jefune ea tla e bona ’me eena le bara ba hae ke tla ba fa naha eo a tsamaileng ho eona kaha o latetse Jehova ka pelo eohle.*+ 37 (Le ’na Jehova o ile a nkhalefela ka lebaka la lona ’me a re, “Le uena u ke ke oa kena ho eona.+ 38 Joshua mora oa Nune ea emeng ka pel’a hao,+ ke eena ea tla kena naheng.+ Mo matlafatse*+ hobane o tla etsa hore naha eo e be lefa la Iseraele.”) 39 Ho feta moo, bana ba lona bao le itseng ba tla haptjoa+ le bara ba lona bao kajeno ba sa tsebeng se setle kapa se sebe, ke bona ba tla kena naheng ’me ke tla ba fa eona hore e be ea bona.+ 40 Empa ha e le lona, khutlang ’me le ee lefeelleng ka tsela ea Leoatle le Lefubelu.’+

41 Eaba le re ho ’na, ‘Re sitetsoe Jehova. Joale re tla nyoloha ’me re loane feela joalokaha Jehova Molimo oa rona a re laetse!’ Kahoo, e mong le e mong oa lona a nka libetsa tsa hae tsa ntoa. Le ne le nahana hore e tla ba ntho e bonolo ho nyolohela thabeng.+ 42 Empa Jehova a re ho ’na, ‘E-re ho bona: “Le se ke la nyoloha ’me la loana hobane nke ke ka ba le lona.+ Haeba le ea, lira tsa lona li tla le hlola.”’ 43 Kahoo, ke ile ka bua le lona empa ha lea ka la mamela. Ho e-na le hoo, le ile la fetohela taelo ea Jehova ’me la leka ho nyolohela thabeng ka manganga. 44 Joale Baamore ba neng ba lula thabeng eo ba tla ho lona joaloka linotši ’me ba le lelekisa eaba ba le hasanya Seire ho ea fihla Horma. 45 Kahoo, la khutla ’me la qala ho lla ka pel’a Jehova empa Jehova ha aa ka a le mamela. 46 Ke ka lebaka leo le ileng la ’na la lula Kadeshe nako e telele.

2 Joale ra khutla ’me ra tsamaea ho ea lefeelleng ka tsela ea Leoatle le Lefubelu feela joalokaha Jehova a ne a mpoleletse+ ’me ra nka matsatsi a mangata re tsamaea Thabeng ea Seire. 2 Qetellong Jehova a re ho ’na, 3 ‘Le potolohile thaba ena nako e telele. Joale nkang tsela e eang leboea. 4 U re ho sechaba: “Le tla feta pel’a moeli oa bana ba bo lona e leng litloholo tsa Esau+ tse lulang Seire,+ ba tla le tšaba+ kahoo le itlhokomele. 5 Le se ke la ba loantša* hobane nke ke ka le fa naha leha e le efe ea bona, leha e ka ba sebaka se lekanang le bohato ba leoto hobane ke file Esau Thaba ea Seire e le lefa la hae.+ 6 Le reke lijo tseo le tla li ja ho bona le be le patalle metsi ao le tla a noa.+ 7 Jehova Molimo oa lona o le hlohonolofalitse linthong tsohle tseo le li entseng. O ile a le hlokomela leetong la lona lefeelleng lena le leholo. Haesale Jehova Molimo oa lona a e-na le lona ka lilemo tsena tse 40 ’me ha le e-s’o ka le haelloa ke letho.”’+ 8 Kahoo, ra feta ho bana ba bo rona e leng litloholo tsa Esau+ tse lulang Seire, ra qoba tsela ea Araba le ea Elathe le ea Ezione-gebere.+

Ka mor’a moo, ra nka tsela e ’ngoe ’me ra tsamaea ka tsela ea lefeella la Moabe.+ 9 Joale Jehova a re ho ’na, ‘Le se ke la loantša Bamoabe hobane nke ke ka le fa naha leha e le efe ea bona e le lefa kaha ke file litloholo tsa Lota+ motse oa Are e le lefa. 10 (Baemime+ ba ne ba lula moo pele. Ba ne ba le matla, ba le bangata ebile ba le balelele joaloka Baanake. 11 Barefaime+ le bona ba ne ba nkoa joaloka Baanake+ ’me Bamoabe ba ne ba ba bitsa Baemime. 12 Bahore+ ba ne ba lula Seire pele empa litloholo tsa Esau li ile tsa ba leleka ’me tsa ba felisa eaba li lula sebakeng sa bona,+ e leng seo Baiseraele ba tla se etsa ka naha eo e leng lefa la bona, eo ka sebele Jehova a tla ba fa eona.) 13 Joale tsamaeang le tšele Khohlo* ea Zerede.’ Kahoo, ra tsamaea ’me ra tšela Khohlo ea Zerede.+ 14 Re tsamaile lilemo tse 38 ho tloha Kadeshe-barnea ho fihlela re tšela Khohlo ea Zerede, ho fihlela moloko oohle oa banna ba ntoa o felisitsoe har’a liahelo feela joalokaha Jehova a ne a ikanne ho bona.+ 15 Letsoho la Jehova le ne le le khahlanong le bona e le hore a ba felise liahelong ho fihlela ba se ba felile.+

16 Hang ha banna bohle ba ntoa ba se ba shoele har’a sechaba,+ 17 Jehova a boela a bua le ’na a re, 18 ‘Kajeno le tla feta sebakeng sa Moabe, e leng Are. 19 Ha le le haufi le Baamone, le se ke la ba tšoenya kapa la ba qala hobane nke ke ka le fa naha leha e le efe ea Baamone e le lefa kaha ke e file litloholo tsa Lota e le lefa.+ 20 Naha ena le eona e ne e nkoa e le ea Barefaime.+ (Barefaime ba ne ba lula moo pele ’me Baamone ba ne ba ba bitsa Bazamzumime. 21 Ba ne ba le matla, ba le bangata ebile ba le balelele joaloka Baanake+ empa Jehova a ba felisa ka pel’a Baamone ’me Baamone ba ba leleka eaba ba lula sebakeng sa bona. 22 Ke seo a se etselitseng litloholo tsa Esau, tseo hona joale li lulang Seire,+ ha a felisa Bahore+ ka pel’a tsona e le hore li ka ba leleka ’me tsa lula sebakeng sa bona ho fihlela letsatsing lena. 23 Ha e le Baavime, ba ile ba lula metsaneng ho ea fihla Gaza+ le ho ea fihla ho Bakaftorime+ ba tsoang Kaftore* ’me Bakaftorime ba ba felisa eaba ba lula sebakeng sa bona.)

24 Emang ’me le tsamaee le tšele Khohlo ea Arnone.+ Ke nehelane ka Sihone+ oa Moamore morena oa Heshbone matsohong a lona. Kahoo, qalang ho nka naha ea hae ’me le mo loantše. 25 Letsatsing lena ke tla tlisa tšabo ho batho bohle ba lefatšeng ba utloang tlaleho ka lona. Ba tla ferekana ’me ba tšohe* ka lebaka la lona.’+

26 Joale ka romela baromuoa ba tsoang lefeelleng la Kedemothe+ ho Morena Sihone oa Heshbone, ka mantsoe ana a khotso+ a reng, 27 ‘Ntumelle hore ke fete naheng ea hao. Ke tla tsamaea tseleng e kholo feela ’me nke ke ka khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.+ 28 Ke tla ja feela lijo tseo u tla nthekisetsa tsona ’me ke noe feela metsi ao u tla nthekisetsa ’ona, hafeela u ka ntumella hore ke fete 29 ho fihlela ke tšela Jordane ho ea naheng eo Jehova Molimo oa rona a re fang eona. Litloholo tsa Esau tse lulang Seire le Bamoabe ba lulang Are ba ile ba re lumella ho tšela naheng ea bona.’ 30 Empa Morena Sihone oa Heshbone ha aa ka a re lumella hore re fete hobane Jehova Molimo oa lona o ile a mo lumella hore a be manganga+ le hore pelo ea hae e thatafale e le hore a nehelane ka eena matsohong a lona joalokaha a entse hona joale.+

31 Eaba Jehova o re ho ’na, ‘Bona, ke le file Sihone le naha ea hae. E nkeng hore e be ea lona.’+ 32 Ha Sihone a tsoa le sechaba sohle sa hae ho re khahlanyetsa ka ntoa Jahaze,+ 33 Jehova Molimo oa rona a nehelana ka eena ho rona ’me re ile ra mo hlola, ra hlola le bara ba hae le sechaba sohle sa hae. 34 Re ile ra hapa metse eohle ea hae ka eona nako eo ’me ra felisa motse o mong le o mong ho akarelletsa le banna, basali le bana. Ha ho na motho ea ileng a pholoha.+ 35 Re ile ra inkela feela mehlape hammoho le lintho tsa metseng eo re e hapileng. 36 Ho tloha Aroere+ e lebopong la Khohlo ea Arnone (hammoho le motse o khohlong) ho ea fihla Gileade, ha ho na motse oo re neng re sa fihle ho oona. Jehova Molimo oa rona o ile a nehelana ka eona kaofela ho rona.+ 37 Leha ho le joalo, ha lea ka la atamela naha ea Baamone,+ lebopo lohle la Khohlo ea Jaboke+ le metse e sebakeng se lithaba kapa sebaka leha e le sefe seo Jehova Molimo oa rona a neng a re thibetse ho ea ho sona.

3 Joale ra nka tsela e ’ngoe ’me ra nyoloha ka Tsela ea Bashane. Oge morena oa Bashane a tsoa le batho ba hae ho tla re loantša Edrei.+ 2 Kahoo, Jehova a re ho ’na, ‘U se ke oa mo tšaba hobane ke tla nehelana ka eena le batho ba hae le naha ea hae letsohong la hao ’me u tla mo etsa seo u ileng oa se etsa ho Sihone morena oa Baamore ea neng a lula Heshbone.’ 3 Kahoo, Jehova Molimo oa rona a nehelana le ka Morena Oge oa Bashane le batho bohle ba hae matsohong a rona ’me ra ’na ra mo loantša ho fihlela batho bohle ba hae ba shoele. 4 Eaba re hapa metse eohle ea hae. Ha ho na motse oo re sa kang ra o nka ho bona. Re nkile metse e 60 sebakeng sohle sa Argobe e leng ’muso oa Oge o Bashane.+ 5 Metse ena kaofela e ne e sirelelitsoe ka marako, likeiti le mekoallo. Re ile ra boela ra nka le metse e mengata e menyenyane. 6 Leha ho le joalo, ra e felisa+ feela joalokaha re ne re entse ho Morena Sihone oa Heshbone, ka ho felisa motse o mong le o mong ho akarelletsa banna, basali le bana.+ 7 Ra inkela le mehlape eohle le lintho tseo re li hapileng metseng eo.

8 Ka nako eo, re ile ra nka naha ea marena a mabeli a Baamore+ a neng a le sebakeng sa Jordane, ho tloha Khohlong ea Arnone* ho ea fihla Thabeng ea Hermone+ 9 (thaba eo Basidone ba neng ba e bitsa Sirione ’me Baamore ba e bitsa Senire), 10 metse eohle e sebakeng se phahameng,* Gileade eohle le Bashane eohle ho ea fihla Salka le Edrei+ e leng metse ea ’muso oa Oge o Bashane. 11 Morena Oge oa Bashane e ne e le oa ho qetela oa ba setseng ho Barefaime. Lekase* la hae le ne le entsoe ka tšepe.* Le ntse le le Raba motseng oa Baamone. Le ne le le bolelele ba limithara tse ’nè* ’me le le bophara ba limithara tse ka bang peli* ho latela tekanyo e behiloeng. 12 Ka nako eo, re ile ra nka naha ena: Ho tloha Aroere+ e pel’a Khohlo ea Arnone* le halofo ea sebaka se lithaba sa Gileade ’me metse ea eona ke e file Barubene le Bagade.+ 13 Karolo e ’ngoe kaofela ea Gileade le Bashane eohle ea ’muso oa Oge ke e file halofo ea leloko la Manase.+ Sebaka sohle sa Argobe e leng sa Bashane, se ne se tsejoa e le naha ea Barefaime.

14 Jaire+ mora oa Manase a nka sebaka sohle sa Argobe+ ho ea fihla moeling oa Bageshure le Bamakathe+ ’me a rehella metsana eo ea Bashane ka eena. E ntse e bitsoa Havothe-jaire*+ ho fihlela letsatsing lena. 15 Ke ile ka fa Makire Gileade.+ 16 Eaba ke fa Barubene le Bagade+ ho tloha Gileade ho ea Khohlong ea Arnone.* Bohareng ba khohlo ke moeli* le ho ea fihla Jaboke, e leng khohlo eo e leng moeli oa Baamone. 17 Ka ba fa le Araba le Jordane le moeli oa eona ho tloha Kinerethe ho ea Leoatleng la Araba e leng Leoatle la Letsoai,* qalong ea moepa oa Pisga ka bochabela.+

18 Eaba ke le fa taelo ena: ‘Jehova Molimo oa lona o le file naha ena hore e be ea lona. Banna bohle ba lona ba sebete ba tla nka lihlomo ’me ba tšele pele ho bana ba bo lona e leng Baiseraele.+ 19 Ke feela basali ba lona, bana ba lona le mehlape ea lona (ke tseba hantle hore le na le mehlape e mengata) ba tlang ho tsoela pele ba lula metseng eo ke le fileng eona 20 ho fihlela Jehova a fa bana ba bo lona phomolo joalokaha a le file ’me le bona ba nkile naha eo Jehova Molimo oa lona a tla ba fa eona ka nģ’ane ho Jordane. Ka mor’a moo, e mong le e mong o tla khutlela lefeng la hae leo ke le fileng lona.’+

21 Ka nako eo ka fa Joshua+ taelo ena: ‘U bone ka mahlo hore na Jehova Molimo oa lona o entse’ng ho marena ana a mabeli. Jehova o tla etsa se tšoanang ka mebuso eohle eo le tla feta ho eona.+ 22 Le se ke la ba tšaba hobane Jehova Molimo oa lona ke eena ea le loanelang.’+

23 Ka nako eo ka kopa Jehova ka re, 24 ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, u qalile ho bontša mohlanka oa hao boholo ba hao le letsoho la hao le matla,+ ke molimo ofe ea maholimong kapa lefatšeng ea etsang liketso tse matla joaloka uena?+ 25 Ke kopa u ntumelle hore ke tšele ’me ke bone naha e ntle e ka nģ’ane ho Jordane, sebaka sena se setle se lithaba le Lebanone.’+ 26 Empa Jehova o ne a ntse a nkhalefetse ka lebaka la lona+ ’me o ne a ke ke a ’mamela. Ho e-na le hoo, Jehova a re ho ’na, ‘Ho lekane! U se ke oa hlola u bua le ’na hape ka taba ena. 27 Nyolohela ka holim’a Pisga,+ u shebe ka bophirimela, ka leboea, ka boroa le ka bochabela ’me u bone naha ka mahlo a hao kaha u ke ke oa tšela Jordane+ ena. 28 Khetha Joshua+ hore e be moeta-pele, u mo khothatse ’me u mo matlafatse hobane ke eena ea tla etella sechaba sena pele+ hore se kene naheng eo u tla e bona.’ 29 Lintho tsena tsohle li etsahetse ha re ne re lula khohlong e ka pel’a Bethe-peore.+

4 Joale lona Baiseraele, mamelang melao le litaelo tseo ke le rutang tsona ’me le li phethe e le hore le tle le phele+ ’me le nke naha eo Jehova, Molimo oa baholo-holo ba lona a le fang eona. 2 Le se ke la eketsa letho litaelong tseo ke le fang tsona kapa la fokotsa+ empa le mamele litaelo tsa Jehova Molimo oa lona tseo ke le fang tsona.

3 Le bone seo Jehova a se entseng ka lebaka la Baale oa Peore. Jehova Molimo oa lona o ile a felisa motho e mong le e mong har’a lona ea neng a latela Baale oa Peore.+ 4 Empa lona bohle ba khomaretseng Jehova Molimo oa lona lea phela kajeno. 5 Ke le rutile litaelo le melao+ feela joalokaha Jehova Molimo oa ka a ntaetse e le hore le ka e mamela naheng eo le eang ho eona hore e be ea lona. 6 Le e mamele ka hloko+ hobane le tla bontša hore le bohlale+ ebile le na le kutloisiso+ ka pel’a lichaba tse tla utloa melao ena eohle ’me li tla re, ‘Ka sebele sechaba sena se seholo ke sechaba se bohlale le se nang le kutloisiso.’+ 7 Ke sechaba sefe se seholo seo melimo ea sona e leng haufi le sona joalokaha Jehova Molimo oa rona a le haufi le rona ha re kopa thuso ho eena?+ 8 Hape ke sechaba sefe se seholo se nang le melao e lokileng le litaelo tse joaloka Molao oo oohle oo ke le fang oona kajeno?+

9 Le itlhokomele ’me le itebele e le hore le se ke la lebala lintho tseo le li boneng le hore li se ke tsa tloha lipelong tsa lona hafeela le ntse le phela. Hape le li tsebise bara ba lona le litloholo tsa lona.+ 10 Letsatsing leo ka lona le ileng la ema ka pel’a Jehova Molimo oa lona Horebe, Jehova o ile a re ho ’na, ‘Mpitsetse sechaba hore se tl’o utloa mantsoe a ka+ e le hore se ithute ho ntšaba+ ha se ntse se phela lefatšeng le hore se rute bara ba sona.’+

11 Kahoo, la tla ’me la ema botlaseng ba thaba. E ne e tuka ’me mollo oo o fihla maholimong. Ho ne ho le lefifi, ho e-na le maru le botšo bo boholo.+ 12 Jehova a bua le lona a le har’a mollo.+ Le ile la utloa a bua empa ha lea ka la bona letho,+ le ne le utloa lentsoe feela.+ 13 A le bolella selekane* sa hae+ seo a le laetseng hore le se phethe e leng Melao e Leshome.*+ Ka mor’a moo, a e ngola matlapeng a mabeli a lejoe.+ 14 Ka nako eo, Jehova a ntaela hore ke le rute litaelo le melao eo le lokelang ho e mamela naheng eo le tla kena ho eona hore le e nke e be ea lona.

15 Letsatsing leo Jehova a neng a bua le lona Horebe a le har’a mollo ha lea ka la bona letho. Ka hona, le ele hloko 16 hore le se ke la itšilafatsa ka ho iketsetsa setšoantšo sa ntho leha e le efe, ebang ke setšoantšo sa monna kapa sa mosali,+ 17 sa phoofolo kapa sa nonyana e fofang sepaka-pakeng,+ 18 sa tlhapi e ka metsing+ kapa sa phoofolo leha e le efe e hahabang. 19 Ha le phahamisetsa mahlo a lona maholimong ’me le bona letsatsi le khoeli le linaleli, e leng makhotla ’ohle a maholimo, le se ke la lekeha hore le a sebeletse kapa lea inamele.+ Jehova Molimo oa lona oa file lichaba tsohle tse tlas’a maholimo ’ohle. 20 Empa ke lona bao Jehova a ba nkileng ’me a le ntša seboping se chesang tšepe, Egepeta, hore le be sechaba sa hae*+ joalokaha le le sona kajeno.

21 Jehova a nkhalefela ka lebaka la lona+ ’me a hlapanya hore nke ke ka tšela Jordane kapa ho ea naheng e ntle eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona e le lefa.+ 22 Kaha ke tla shoella naheng ena, nke ke ka tšela Jordane+ empa lona le tla tšela ’me le nke naha ena e ntle hore e be ea lona. 23 Le hlokomele hore le se ke la lebala selekane sa Jehova Molimo oa lona seo a se entseng le lona+ ’me le se ke la iketsetsa setšoantšo se betliloeng sa ntho leha e le efe eo Jehova Molimo oa lona a itseng le se ke la e etsa.+ 24 Kaha Jehova Molimo oa lona o tšoana le mollo o felisang,+ ke Molimo ea batlang hore batho ba inehele ho eena feela.+

25 Haeba le e-ba le bara le litloholo ebile le se le phetse nako e telele naheng ’me le itšilafatsa ka ho etsa setšoantšo se betliloeng+ sa mofuta leha e le ofe, hape le etsa ntho e sa thabiseng Jehova Molimo oa lona ’me le mo halefisa,+ 26 kajeno ke nka maholimo le lefatše e le lipaki khahlanong le lona hore ka sebele le tla felisoa ka potlako naheng eo le tšelang Jordane ho ea e nka hore e be ea lona. Le ke ke la lula nako e telele ho eona empa le tla felisoa ka ho felletseng.+ 27 Jehova o tla le hasanya har’a lichaba+ ’me ho tla phonyoha ba seng bakae+ ho lona lichabeng tseo Jehova a tla be a le leleketse ho tsona. 28 Moo le tla lokela ho sebeletsa melimo e entsoeng ke batho+ ka patsi le lejoe, melimo e ke keng ea bona kapa ea utloa kapa ea ja kapa ea fofonela.

29 Haeba le batla Jehova Molimo oa lona ha le le moo ’me le mo batla ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle,+ ka sebele le tla mo fumana.+ 30 Nakong e tlang ha le le mahlomoleng ’me lintho tsena tsohle li le etsahalla, joale le tla khutlela ho Jehova Molimo oa lona ’me le mamele lentsoe la hae.+ 31 Hobane Jehova Molimo oa lona ke Molimo ea mohau.+ A ke ke a le lahla kapa a le felisa kapa a lebala selekane seo a se hlapanyelitseng baholo-holo ba lona.+

32 Joale, botsisisang hona joale ka matsatsi a pele le e-ba teng, ho tloha letsatsing la ha Molimo a bopa motho lefatšeng. Le batle ho tloha pheletsong e ’ngoe ea maholimo ho fihlela pheletsong e ’ngoe ea ’ona. Na ho na le ntho leha e le efe e kholo hakana e kileng ea etsahala kapa na ho na le ntho e joaloka eona e kileng ea utluoa?+ 33 Na ho na le sechaba se seng se kileng sa utloa lentsoe la Molimo le bua har’a mollo joalokaha le le utloile ’me sa ’na sa phela?+ 34 Kapa na Molimo o kile a leka ho inkela sechaba har’a sechaba se seng, a sebelisa likotlo,* lipontšo, mehlolo,+ ntoa,+ letsoho le matla+ le liketso tse tšosang+ e le hore a se nke joalokaha Jehova Molimo oa lona a entse bakeng sa lona Egepeta ka pel’a mahlo a lona? 35 Le bontšitsoe lintho tsena e le hore le tsebe hore Jehova ke Molimo oa ’nete,+ ha ho e mong ntle le eena.+ 36 O entse hore le utloe lentsoe la hae le tsoa maholimong e le hore a le khalemele, lefatšeng o entse hore le bone mollo oa hae o moholo ’me le utloile mantsoe a hae har’a mollo.+

37 Kaha o ratile baholo-holo ba lona ’me o khethile litloholo* tsa bona+ hore e be sechaba sa hae, le ntšitsoe Egepeta a le teng ka matla a hae a maholo. 38 O ile a leleka lichaba tse kholo le tse matla ho le feta ka pel’a lona, e le hore a le kenye naheng ea tsona ’me a le fe eona e le lefa joalokaha a etsa letsatsing lena.+ 39 Kahoo, letsatsing lena tsebang ’me le hopole hore Jehova ke Molimo oa ’nete maholimong le lefatšeng.+ Ha ho e mong.+ 40 Le mamele litaelo tsa hae le melao ea hae eo ke le fang eona kajeno, e le hore lintho li le tsamaele hantle le bara ba lona, e le hore le ka lula nako e telele naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona.”+

41 Ka nako eo, Moshe a khetha metse e meraro ka lehlakoreng le ka bochabela la Jordane.+ 42 Haeba motho a bolaea e mong a sa ikemisetsa ebile a ne a sa mo hloea,+ o lokela ho balehela ho e meng ea metse ena e le hore a ’ne a phele.+ 43 Bakeng sa Barubene ke motse oa Bezere+ o lefeelleng la sehlaba, bakeng sa Bagade ke motse oa Ramothe+ o Gileade ’me bakeng sa Bamanase+ ke motse oa Golane+ o Bashane.

44 Joale ona ke Molao+ oo Moshe a ileng a o beha ka pel’a sechaba sa Iseraele. 45 Tsena ke likhopotso, litaelo le melao eo Moshe a e fileng Baiseraele ka mor’a hore ba tsoe Egepeta,+ 46 sebakeng sa Jordane, khohlong e shebaneng le Bethe-peore,+ naheng ea Morena Sihone oa Baamore ea neng a lula Heshbone,+ eo Moshe le Baiseraele ba ileng ba mo hlola ka mor’a hore ba tsoe Egepeta.+ 47 Eaba ba nka naha ea hae le naha ea Morena Oge+ oa Bashane, e leng marena a mabeli a Baamore a neng a le sebakeng se ka bochabela ho Jordane, 48 ho tloha Aroere+ e lebopong la Khohlo ea Arnone, ho ea fihla Thabeng ea Sione, e boetseng e bitsoa Hermone,+ 49 le Araba eohle sebakeng se ka bochabela ho Jordane, le ho ea fihla Leoatleng la Araba,* qalong ea moepa oa Pisga.+

5 Joale Moshe a bitsa Baiseraele bohle a re ho bona: “Lona Baiseraele, mamelang melao le litaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, le ithute tsona ’me le li phethe. 2 Jehova Molimo oa rona o entse selekane le rona Horebe.+ 3 Jehova o entse selekane sena le rona kaofela ba phelang kajeno eseng le baholo-holo ba rona. 4 Jehova o buile le lona ka ho toba* thabeng a le har’a mollo.+ 5 Ka nako eo, ke ne ke eme pakeng tsa lona le Jehova+ ho le bolella mantsoe a Jehova kaha le ne le tšaba ho nyolohela thabeng ka lebaka la mollo.+ O ile a re:

6 ‘Ke ’na Jehova Molimo oa hao ea u ntšitseng naheng ea Egepeta ntlong ea bokhoba.+ 7 Le ka mohla u se ke oa rapela melimo e meng ntle ho ’na.+

8 U se ke oa iketsetsa setšoantšo+ kapa ntho leha e le efe e tšoanang le ntho e holimo maholimong kapa e tlase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše. 9 U se ke oa li inamela kapa oa li sebeletsa+ hobane ’na Jehova Molimo oa hao, ke Molimo ea batlang hore batho ba inehele ho ’na feela,+ ea fanang ka kotlo ho bara ka lebaka la liphoso tsa bo-ntat’a bona, ho moloko oa boraro le moloko oa bone oa ba ntlhoileng.+ 10 Empa ke bontša mosa* melokong e sekete ea ba nthatang ’me ba mamela litaelo tsa ka.

11 U se ke oa sebelisa lebitso la Jehova Molimo oa hao hampe+ hobane Jehova o tla fana ka kotlo ho mang kapa mang ea sebelisang lebitso la hae hampe.+

12 Boloka letsatsi la Sabatha ’me u le nke le halalela feela joalokaha Jehova Molimo oa hao a u laetse.+ 13 U etse mosebetsi oohle oa hao ka matsatsi a tšeletseng+ 14 empa letsatsi la bosupa ke sabatha ea Jehova Molimo oa hao.+ U se ke oa etsa mosebetsi leha e le ofe,+ ebang ke uena, mora oa hao, morali oa hao, lekhoba la hao la monna kapa la mosali, poho ea hao, tonki ea hao, phoofolo ea hao e ruiloeng kapa molichaba oa hao ea lulang motseng* oa hao,+ e le hore lekhoba la hao la monna le la mosali le ka phomola joaloka uena.+ 15 Hopola hore u ne u le lekhoba naheng ea Egepeta le hore Jehova Molimo oa hao o ile a u ntša teng ka letsoho le matla.+ Ke ka lebaka leo Jehova Molimo oa hao a u laetseng hore u boloke letsatsi la Sabatha.

16 Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao+ feela joalokaha Jehova Molimo oa hao a u laetse e le hore u ka phela nako e telele le hore u atlehe* naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona.+

17 U se ke oa bolaea.+

18 U se ke oa feba.+

19 U se ke oa utsoa.+

20 U se ke oa bua leshano ha u fana ka bopaki ka motho e mong.+

21 U se ke oa lakatsa mosali oa motho e mong.+ U se ke oa lakatsa ntlo ea motho e mong, tšimo ea hae, lekhoba la hae la monna kapa la mosali, poho ea hae, tonki ea hae kapa ntho leha e le efe ea motho e mong+ ka lebaka la boithati.’

22 Jehova o boleletse sechaba sohle sa lona litaelo* tsena thabeng ka lentsoe le phahameng a le har’a mollo, leru le botšo bo boholo+ ’me ha aa ka a eketsa letho. Ka mor’a moo, a li ngola holim’a matlapa a mabeli a lejoe eaba o mpha ’ona.+

23 Empa hang ha le utloile lentsoe lefifing, ha thaba e ntse e tuka,+ lihlooho tsohle tsa maloko a lona le banna ba baholo ba tla ho ’na. 24 Joale la re, ‘Bona, Jehova Molimo oa rona o re bontšitse khanya ea hae le boholo ba hae ’me re utloile lentsoe la hae le tsoa har’a mollo.+ Letsatsing lena re bone hore Molimo a ka bua le motho ’me a tsoela pele a phela.+ 25 Joale, ke hobane’ng ha re lokela ho shoa? Haeba re tsoela pele ho utloa lentsoe la Jehova Molimo oa rona, re tla shoa kaha mollo ona o moholo o ka re chesa. 26 Ke mang ea kileng a utloa lentsoe la Molimo ea phelang le bua har’a mollo joaloka rona, leha ho le joalo a ’na a phela? 27 Uena atamela ’me u mamele sohle seo Jehova Molimo oa rona a tla se bua, ke uena ea tla re bolella sohle seo Jehova Molimo oa rona a tla u bolella sona, re tla mamela ’me re se phethe.’+

28 Jehova o utloile hore na le itse’ng ho ’na ’me Jehova o itse, ‘Ke utloile hore na sechaba sena se itse’ng ho uena. Sohle seo se se buileng se molemo.+ 29 Hoja se ne se ka lula se ntšaba+ ’me se mamela litaelo tsohle tsa ka,+ se ne se tla atleha ka ho sa feleng hammoho le bara ba sona.+ 30 E-ea ho sona ’me u re: “Khutlelang litenteng tsa lona.” 31 Empa uena u lule mona le ’na, ke u bolelle litaelo tsohle le melao eo u lokelang ho e ruta sechaba le eo se tla e mamela naheng eo ke se fang eona hore e be ea sona.’ 32 Joale le etse bonnete ba hore le mamela litaelo tsa Jehova Molimo oa lona.+ Le se ke la khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.+ 33 Le tsamaee litseleng tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le laetseng tsona+ e le hore le atlehe ’me le phele nako e telele naheng eo le tla e nka hore e be ea lona.+

6 Joale tsena ke litaelo le melao eo Jehova Molimo oa lona a faneng ka eona ho le ruta e le hore le tle le e phethe ha le tšelela naheng eo le tla e nka hore e be ea lona. 2 Le tšabe Jehova Molimo oa lona ka matsatsi ’ohle a bophelo ba lona ’me le phethe litaelo tsohle tsa hae tseo ke le bolellang tsona, lona le bara ba lona le litloholo tsa lona+ e le hore le ka phela nako e telele.+ 3 Le mamele ka hloko lona Baiseraele e le hore le ka atleha ’me la ba bangata naheng e phallang lebese le mahe a linotši feela joalokaha Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona a le tšepisitse.

4 Mamelang lona Baiseraele: Jehova Molimo oa rona ke Jehova a le mong.+ 5 U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea*+ oa hao oohle le ka matla a hao ’ohle.*+ 6 Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao. 7 U a rute bana* ba hao+ ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao, ha u tsamaea tseleng, ha u e’o robala leha u tsoha.+ 8 U a tlame letsohong la hao e le hore u a hopole ’me a be joaloka lebanta le roaloang phatleng* ea hao.+ 9 U a ngole likoseneng tsa menyako ea ntlo ea hao le likeiting tsa hao.

10 Ha Jehova Molimo oa lona a le tlisa naheng eo a hlapanyelitseng baholo-holo ba lona e leng Abrahama, Isaka le Jakobo hore o tla le fa eona+ e leng metse e meholo le e metle eo le sa kang la e haha,+ 11 matlo a tletseng lintho tsa mefuta eohle tse ntle tseo le sa kang la li sebeletsa, liliba tseo le sa kang la li cheka, lirapa tsa morara le lifate tsa mohloaare tseo le sa kang la li lema ’me le jele ebile le khotsofetse,+ 12 le itlhokomele hore le se ke la lebala Jehova+ ea le ntšitseng naheng ea Egepeta ka tlung ea bokhoba. 13 Le tšabe Jehova Molimo oa lona,+ ke eena eo le lokelang ho mo sebeletsa+ ’me le hlapanye ka lebitso la hae.+ 14 Le se ke la latela melimo leha e le efe ea lichaba tse le potolohileng+ 15 hobane Jehova Molimo oa lona ea har’a lona ke Molimo ea batlang hore batho ba inehele ho eena feela.+ Ho seng joalo, Jehova Molimo oa lona o tla le halefela haholo+ ’me a le felise lefatšeng.+

16 Le se ke la leka+ Jehova Molimo oa lona ka tsela eo le ileng la mo leka ka eona Masa.+ 17 Le leke ka hohle ho phetha litaelo tsa Jehova Molimo oa lona le likhopotso tsa hae le melao ea hae eo a le laetseng eona. 18 Le etse se nepahetseng le se setle ho Jehova e le hore le ka atleha ’me la nka naha e ntle eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba lona hore o tla ba fa eona,+ 19 ka ho leleka lira tsohle tsa lona ka pel’a lona feela joalokaha Jehova a tšepisitse.+

20 Nakong e tlang ha ngoana oa hao a u botsa a re, ‘Ke hobane’ng ha Jehova Molimo oa rona a le file likhopotso, melao le liqeto tsee tsa boahloli?’ 21 U re ho eena, ‘Re bile makhoba a Faro Egepeta empa Jehova a re ntša Egepeta ka letsoho le matla. 22 Ra bona ha Jehova a ntse a etsa lipontšo le mehlolo e meholo le e tšosang Egepeta,+ ho Faro le ho lelapa lohle la hae.+ 23 A re ntša moo e le hore a re tlise mona le ho re fa naha eo a hlapanyelitseng baholo-holo ba rona hore o tla ba fa eona.+ 24 Eaba Jehova o re laela hore re mamele melao ena eohle le hore re tšabe Jehova Molimo oa rona e le hore lintho li re tsamaele hantle ka linako tsohle+ le hore re tsoele pele re phela+ joalokaha re phela kajeno. 25 Re tla nkoa re lokile haeba re latela litaelo tsena tsohle ka hloko e le ho bontša hore re mamela Jehova Molimo oa rona feela joalokaha a re laetse.’+

7 Ha Jehova Molimo oa lona a le tlisa naheng eo le tlang ho kena ho eona hore e be ea lona,+ o tla boela a tlose lichaba tse nang le baahi ba bangata ka pel’a lona:+ Bahethe, Bagirgashe, Baamore,+ Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ e leng lichaba tse supileng tse nang le baahi ba bangata le tse matla ho le feta.+ 2 Jehova Molimo oa lona o tla nehelana ka tsona ho lona ’me le tla li hlola.+ Ka sebele le lokela ho li felisa.+ Le se ke la etsa selekane le tsona kapa la li hauhela.+ 3 Le se ke la etsa selekane leha e le sefe sa lenyalo* le lichaba tseo. Le se ke la fana ka barali ba lona hore ba nyaloe ke bara ba tsona kapa hore bara ba lona ba nyale barali ba tsona.+ 4 Kaha ba tla khelosa bana ba lona hore ba se ke ba ntatela ’me ba sebeletse melimo e meng,+ Jehova o tla le halefela haholo ’me o tla le felisa ka potlako.+

5 Ho e-na le hoo, le etse tjena ho lichaba tseo: Le heletse lialetare tsa tsona, le lihe lipilara tsa tsona tse halalelang,+ le khaole lipalo tsa tsona tse halalelang*+ ’me le chese le litšoantšo tsa tsona tse betliloeng.+ 6 Le sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lona ’me Jehova Molimo oa lona o khethile lona hore le be sechaba sa hae, thepa ea hae e khethehileng* har’a lichaba tsohle tse holim’a lefatše.+

7 Ha se hobane le le bangata ho feta lichaba tsohle Jehova a ileng a le rata ’me a le khetha+ kaha le ne le le sechaba se senyenyane har’a lichaba tsohle.+ 8 Ho e-na le hoo, Jehova o ile a le ntša ka letsoho le matla e le hore a le lopolle ntlong ea bokhoba,+ matleng* a Faro morena oa Egepeta hobane Jehova a le rata hape a phethile kano ea hae eo a e hlapanyelitseng baholo-holo ba lona.+ 9 Le tseba hantle hore Jehova Molimo oa lona ke Molimo oa ’nete, Molimo ea tšepahalang, ea phethang selekane sa hae le ea bontšang lerato* melokong e sekete ea ba mo ratang le ba mamelang litaelo tsa hae.+ 10 Empa ba mo hloileng o tla iphetetsa ka ho ba felisa.+ A ke ke a lieha ho fana ka kotlo ho ba mo hloileng, o tla iphetetsa. 11 Kahoo, le etse bonnete ba hore le mamela litaelo le melao eo ke le laelang eona kajeno ka hore le e phethe.

12 Haeba le tsoela pele ho mamela liqeto tsena tsa boahloli ’me le li latela, Jehova Molimo oa lona o tla phetha selekane sa hae ’me a le bontše lerato* joalokaha a hlapanyelitse baholo-holo ba lona. 13 O tla le rata, a le hlohonolofatse ’me a le atise. O tla le hlohonolofatsa ka bana ba bangata+ ’me a eketse lihlahisoa tsa mobu oa lona, lijo tsa lona tsa masimong, veine ea lona e ncha, oli ea lona,+ manamane a likhomo tsa lona le likonyana tsa linku tsa lona naheng eo a hlapanyelitseng baholo-holo ba lona hore o tla le fa eona.+ 14 Le tla hlohonolofatsoa ka ho fetisisa lichabeng tsohle.+ Ha ho na monna kapa mosali ea ke keng a ba le bana har’a lona kapa mehlape ea lona e ke keng ea tsoala.+ 15 Jehova o tla tlosa ho kula hohle har’a lona ’me a ke ke a le tlisetsa maloetse leha e le afe a mabe ao le a boneng Egepeta.+ Ho e-na le hoo, o tla a tlisetsa bohle ba le hloileng. 16 Le tla felisa lichaba tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le fang tsona.+ Le* se ke la li utloela bohloko+ ’me le se ke la sebeletsa melimo ea tsona+ hobane seo e tla ba leraba ho lona.+

17 Haeba le ka re ka lipelong tsa lona, ‘Lichaba tsena li ngata ho re feta. Re tla li leleka joang?’+ 18 Le se ke la li tšaba.+ Le hopole seo Jehova Molimo oa lona a se entseng ho Faro le ho Baegepeta bohle+ 19 le likotlo* tse kholo tseo le li boneng le lipontšo+ le mehlolo le letsoho le matla leo Jehova Molimo oa lona a le ntšitseng ka lona.+ Ke seo Jehova Molimo oa lona a tla se etsa ho lichaba tsohle tseo le li tšabang.+ 20 Jehova Molimo oa lona o tla etsa hore li nyahame* ho fihlela ba neng ba siiloe+ le ba neng ba ipatetse lona ba felisoa. 21 Le se ke la tšoha ka lebaka la bona hobane Jehova Molimo oa lona o na le lona,+ Molimo e moholo le ea hlomphehang.+

22 Jehova Molimo oa lona o tla leleka lichaba tsena hore li be hole le lona butle-butle.+ Le ke ke la lumelloa hore le li felise kapele e le hore liphoofolo tse hlaha li se ke tsa ba ngata ’me tsa le lematsa. 23 Jehova Molimo oa lona o tla nehelana ka tsona ho lona ’me le li hlole ho fihlela li felisitsoe.+ 24 O tla nehelana ka marena a tsona matsohong a lona+ ’me ha ho na motho ea tla hopola mabitso a tsona.+ Ha ho na motho ea tla ema khahlanong le lona+ ho fihlela le li felisitse.+ 25 Le chese litšoantšo tsa melimo ea tsona mollong.+ Le se ke la khalla silevera le khauta e ho tsona kapa la inkela eona+ e le hore e se ke ea le tšoasa hobane ke ntho e nyonyehang ho Jehova Molimo oa lona.+ 26 Le se ke la tlisa ntho e nyonyehang ka matlung a lona eaba le fetoha ntho e lokelang ho felisoa joaloka eona. Le e hloee ka lipelo tsohle tsa lona hobane e lokela ho felisoa.

8 Le etse bonnete ba hore le latela taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo ke le fang eona kajeno e le hore le ka tsoela pele le phela+ ’me la ata la nka naha eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba lona hore o tla ba fa eona.+ 2 Le hopole tsela e telele eo Jehova Molimo oa lona a le tsamaisitseng ka eona ka lilemo tsena tse 40 lefeelleng+ hore a le kokobetse le hore a le leke+ e le hore a ka tseba se ka lipelong tsa lona+ hore na le tla mamela litaelo tsa hae kapa che. 3 Kahoo, o entse hore le be le boikokobetso ’me a le tlohela hore le lape+ eaba o le fepa manna,+ ao lona le bo-ntate ba lona le neng le sa a tsebe e le hore le tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela empa o phela le ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.+ 4 Liaparo tseo le neng le li apere ha lia ka tsa taboha leha e le hore maoto a lona a ile a ruruha ka lilemo tsena tse 40.+ 5 Le tseba hantle ka lipelong tsa lona hore Jehova Molimo oa lona o ne a le khalemela feela joalokaha ntate a khalemela mora oa hae.+

6 Joale le mamele litaelo tsa Jehova Molimo oa lona ka ho tsamaea litseleng tsa hae le ka ho mo tšaba. 7 Jehova Molimo oa lona o le tlisa naheng e ntle,+ naha ea melapo ea metsi* le liliba* tse phallang thoteng le lithabeng, 8 naha ea koro le harese, ea lirapa tsa morara, lifate tsa feie* le likharenate,+ naha ea oli ea mohloaare le mahe a linotši,+ 9 naha eo lijo li ke keng tsa haella le moo le ke keng la haelloa ke letho, naha eo majoe a eona e leng a tšepe le eo lithabeng tsa eona le tla rafa koporo.

10 Ha le se le jele ’me le khotsofetse, le rorise Jehova Molimo oa lona ka ho le fa naha e ntle.+ 11 Le hlokomele hore le se ke la lebala Jehova Molimo oa lona ka ho hloleha ho mamela melao le litaelo tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno. 12 Ha le ja, le khotsofala ’me le haha matlo a matle ebile le lula ho ’ona,+ 13 mohlape oa lona oa likhomo le oa linku le lipoli o eketseha, le silevera le khauta tsa lona li eketseha ’me lintho tsohle tseo le nang le tsona li e-ba ngata, 14 le se ke la lumella lipelo tsa lona ho ikhohomosa+ eaba le lebala Jehova Molimo oa lona ea le ntšitseng naheng ea Egepeta, ka tlung ea bokhoba,+ 15 ea le tsamaisitseng lefeelleng+ le leholo le le tšabehang le nang le linoha tse chefo, liphepheng le mobu o omelletseng o se nang metsi. O ile a etsa hore metsi a phalle lefikeng le thata.+ 16 A le fepa manna+ lefeelleng, ao bo-ntate ba lona ba neng ba sa a tsebe, a etsa hore le be le boikokobetso+ ’me a le leka e le hore a le etsetse se molemo nakong e tlang.+ 17 Haeba le ka re ka lipelong tsa lona, ‘Re fumane maruo ana ka matla a rona le ka bokhoni ba rona,’+ 18 le hopole hore ke Jehova Molimo oa lona ea le fang matla a hore le rue+ e le hore a phethe selekane sa hae seo a se hlapanyelitseng baholo-holo ba lona joalokaha a etsa kajeno.+

19 Haeba le ka mohla le ka lebala Jehova Molimo oa lona ’me la latela melimo e meng, la e sebeletsa la ba la e inamela, kea le lemosa kajeno hore le tla felisoa.+ 20 Le tla felisoa joaloka lichaba tseo Jehova a li felisang ka pel’a lona hobane le tla be le sa mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lona.+

9 Mamelang lona Baiseraele. Kajeno le tšela Jordane+ ho ea leleka lichaba tse kholo le tse matla ho le feta,+ metse e meholo le eo marako a eona a fihlang maholimong,+ 2 sechaba se matla le se nang le batho ba balelele, bara ba Baanake,+ bao le ba tsebang le bao le ileng la utloa ho thoe ka bona, ‘Ke mang ea ka emang ka pel’a bara ba Anake?’ 3 Kahoo, tsebang kajeno hore Jehova Molimo oa lona o tla le etella pele.+ O tšoana le mollo o felisang+ ’me o tla ba felisa. O tla ba kokobetsa ka pel’a lona e le hore le ka ba leleka ka potlako ’me la ba felisa feela joalokaha Jehova a le tšepisitse.+

4 Ha Jehova Molimo oa lona a ba leleka, le se ke la re ka lipelong tsa lona, ‘Jehova o re tlisitse ho tla nka naha ena hobane re lokile.’+ Ho e-na le hoo, Jehova o leleka lichaba tsena ka lebaka la bokhopo ba tsona.+ 5 Ha le tl’o nka naha ea tsona hobane le lokile kapa le e-na le lipelo tse lokileng. Ho e-na le hoo, Jehova Molimo oa lona o leleka lichaba tsena ka pel’a lona+ kahobane li le khopo e le hore a phethe lentsoe leo Jehova a le hlapanyelitseng baholo-holo ba lona e leng Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+ 6 Joale tsebang hore ha se hobane le lokile Jehova Molimo oa lona a le fang naha ena e ntle hore le e nke ’me e be ea lona hobane le sechaba se manganga.*+

7 Le se ke la lebala kamoo le halefisitseng Jehova Molimo oa lona kateng lefeelleng.+ Le fetohetse Jehova+ ho tloha letsatsing leo ka lona le tsoileng naheng ea Egepeta ho fihlela le fihla sebakeng sena. 8 Leha le le Horebe le ile la halefisa Jehova ’me Jehova o ile a le halefela hoo a batlileng a le felisa.+ 9 Ha ke nyolohela thabeng ho ea amohela matlapa a lejoe+ e leng matlapa a selekane seo Jehova a neng a se entse le lona,+ ke ile ka lula thabeng ka matsatsi a 40 le masiu a 40,+ ke sa je ebile ke sa noe metsi. 10 Joale Jehova a mpha matlapa a mabeli a lejoe a ngotsoeng ka monoana oa Molimo ’me ho ’ona ho ne ho e-na le mantsoe ’ohle ao Jehova a a buileng le lona thabeng har’a mollo letsatsing leo le neng le kopane* moo.+ 11 Ha matsatsi a 40 le masiu a 40 a fela, Jehova a mpha matlapa a mabeli a lejoe e leng matlapa a selekane. 12 Eaba Jehova o re ho ’na, ‘Ema ’me u theohe kapele hobane sechaba sa heno seo u se ntšitseng Egepeta se entse sebe.+ Se khelohile kapele tseleng eo ke itseng se e latele. Se iketselitse setšoantšo sa tšepe.’*+ 13 Jehova a boela a re ho ’na, ‘Ke bone hore sechaba sena ke sechaba se manganga.*+ 14 u se ke oa nthibela hore ke se felise, ke hlakole lebitso la sona tlas’a maholimo ’me ke u etse sechaba se matla le se sengata ho se feta.’+

15 Eaba ke theoha thabeng ha thaba e ntse e tuka mollo+ ke nkile matlapa a mabeli a selekane.+ 16 Joale ka bona hore le sitetsoe Jehova Molimo oa lona. Le ne le iketselitse namane ea tšepe.* Le ne le khelohile kapele tseleng eo Jehova a itseng le e latele.+ 17 Eaba ke phahamisa matlapa a mabeli, kea lahlela fatše ’me kea pshatla ka pel’a lona.+ 18 Ka khumama* ka pel’a Jehova sefahleho sa ka se shebile fatše joaloka pele, ka matsatsi a 40 le masiu a 40. Ke ne ke sa je lijo leha e le ho noa metsi+ ka lebaka la libe tsohle tseo le li entseng ka ho etsa lintho tse sa thabiseng Jehova le ho mo utloisa bohloko. 19 Ke ne ke tšohile hobane Jehova o ne a le halefetse haholo+ hoo a neng a ikemiselitse ho le felisa. Leha ho le joalo, le ka nako eo Jehova o ile a ’mamela.+

20 Jehova o ne a halefetse Arone ’me a ikemiselitse ho mo felisa+ empa le ka nako eo ke ile ka etsetsa Arone thapeli. 21 Eaba ke nka namane eo le neng le e entse,+ eo le ileng la etsa sebe ka lebaka la ho e etsa, ka e chesa mollong. Ka e pshatla ka ba ka e sila ho fihlela e e-ba joaloka lerole ’me ka e qhalla nokaneng e phallang ho tloha thabeng.+

22 Le ile la boela la halefisa Jehova ha le le Tabera,+ Masa+ le Kibrothe-hatava.+ 23 Ha Jehova a le ntša Kadeshe-barnea+ ’me a re, ‘Nyolohang ’me le nke naha eo ka sebele ke tla le fa eona,’ le ile la boela la hana ho mamela taelo ea Jehova Molimo oa lona+ ’me ha lea ka la bontša tumelo ho eena+ le ho mo mamela. 24 Haesale le sa mamele Jehova ho tloha ha ke qala ho le tseba.

25 Kahoo, ka ’na ka khumama ka pel’a Jehova sefahleho sa ka se shebile fatše ka matsatsi a 40 le masiu a 40.+ Ke ile ka khumama ka tsela ena hobane Jehova a ne a itse o tl’o le felisa. 26 Ka etsa thapeli ho Jehova ka re, ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, u se ke oa felisa sechaba sa hao. Ke sechaba sa hao*+ seo u se lopolotseng ka matla a hao ’me oa se ntša Egepeta ka letsoho le matla.+ 27 Hopola bahlanka ba hao e leng Abrahama, Isaka le Jakobo.+ U tšoarele manganga a sechaba sena, bokhopo ba sona le sebe sa sona.+ 28 Ho seng joalo, sechaba seo u re ntšitseng naheng ea sona se ka re: “Jehova o ne a sa khone ho se isa naheng eo a se tšepisitseng eona ’me kaha o se hloile, o se ntšitse hore a se bolaele lefeelleng.”+ 29 Ke sechaba sa hao le lefa la hao.*+ Ke sechaba seo u se ntšitseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.’+

10 Ka nako eo Jehova a re ho ’na, ‘Ipetlele matlapa a mabeli a tšoanang le a pele.+ U iketsetse areka* ka patsi ’me u nyolohele ho ’na thabeng. 2 Matlapeng ao, ke tla ngola mantsoe a neng a hlaha matlapeng a pele ao u a pshatlileng ’me u a behe ka arekeng.’ 3 Kahoo, ka etsa areka ka sefate sa leoka ’me ka betla matlapa a mabeli a lejoe a tšoanang le a pele eaba ke nyolohela thabeng ka matlapa ao a mabeli ao ke neng ke a tšoere.+ 4 Joale holim’a matlapa ao, Jehova a ngola mantsoe ao a neng a a ngotse pele+ e leng Melao e Leshome*+ eo Jehova a neng a le boleletse eona thabeng a le har’a mollo+ letsatsing leo le neng le kopane*+ eaba o mpha ’ona. 5 Ka mor’a moo, ka theoha thabeng+ eaba ke beha matlapa ka har’a areka eo ke neng ke e entse e leng moo a ntseng a le hona teng feela joalokaha Jehova a ne a ntaetse.

6 Eaba Baiseraele ba tloha Beerothe Bene-jakane ba ea Mosera. Ke moo Arone a ileng a shoella teng a ba a pateloa teng+ eaba mora oa hae Eleazare o qala ho sebeletsa e le moprista sebakeng sa hae.+ 7 Ho tloha moo, ba ea Gudegoda ’me ho tloha Gudegoda ba ea Jotbatha+ e leng naha e nang le linokana tse phallang metsi.*

8 Ka nako eo, Jehova a khetha leloko la Levi+ hore le jare areka ea selekane sa Jehova+ hore le eme ka pel’a Jehova e le hore le mo sebeletse le ho hlohonolofatsa sechaba ka lebitso la hae+ joalokaha le etsa ho fihlela letsatsing lena. 9 Ke ka lebaka leo Levi a sa fuoang kabelo kapa lefa joaloka bana babo. Jehova ke lefa la hae feela joalokaha Jehova Molimo oa lona a ne a mo boleletse.+ 10 Ke ile ka lula thabeng ka matsatsi a 40 le masiu a 40+ joalokaha ke ile ka etsa pele ’me le lekhetlong leo Jehova o ile a ’mamela.+ Eaba Jehova o etsa qeto ea hore a se ke a le felisa. 11 Ka mor’a moo, Jehova a re ho ’na, ‘Itokisetse ho tsamaea ’me o etelle sechaba pele e le hore se nke naha eo ke hlapanyelitseng baholo-holo ba sona hore ke tla ba fa eona.’+

12 Lona Baiseraele, Jehova Molimo oa lona o batla eng ho lona?+ O batla sena feela: Le tšabe Jehova Molimo oa lona,+ le tsamaee litseleng tsohle tsa hae,+ le mo rate, le sebeletse Jehova Molimo oa lona ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle+ 13 le hore le latele litaelo tsa Jehova tseo ke le laelang tsona kajeno molemong oa lona.+ 14 Bonang, maholimo ke a Jehova Molimo oa lona, esita le maholimo a maholimo* le lefatše le tsohle tse ho lona.+ 15 Empa ke baholo-bolo ba lona feela bao Jehova a ileng a ba rata ’me o khethile lona litloholo tsa bona+ har’a lichaba tsohle joalokaha a entse letsatsing lena. 16 Le hloekise* lipelo tsa lona+ ’me le khaotse ho ba manganga* hakana.+ 17 Hobane Jehova Molimo oa lona ke Molimo oa melimo+ le Morena oa marena, Molimo e moholo, ea matla, ea hlomphehang, ea sa tšoareng motho leha e le ofe ka leeme+ le ea sa amoheleng tjotjo. 18 O etsa hore khutsana* le mohlolohali+ ba ahloloe ka toka hape o rata molichaba,+ o mo fa lijo le liaparo. 19 Le lona le lokela ho rata balichaba kaha le bile balichaba naheng ea Egepeta.+

20 Le tšabe Jehova Molimo oa lona, le mo sebeletse,+ le mo khomarele ’me le hlapanye ka lebitso la hae. 21 Ke eena eo le lokelang ho mo rorisa.+ Ke Molimo oa lona, ea le etselitseng lintho tsena tse kholo le tse tšabehang tseo le li boneng.+ 22 Baholo-holo ba lona ba ne ba le 70 ka palo ha ba theohela Egepeta,+ joale Jehova Molimo oa lona o le entse hore le be bangata joaloka linaleli tsa maholimo.+

11 Le rate Jehova Molimo oa lona+ ’me kamehla le phethe boitlamo ba lona ho eena, litaelo tsa hae le liqeto tsa hae tsa boahloli. 2 Lea tseba hore kajeno ke bua le lona, eseng le bara ba lona ba sa kang ba tseba kapa ba bona khalemelo ea Jehova Molimo oa lona,+ boholo ba hae+ le letsoho la hae le matla.+ 3 Ha baa ka ba bona lipontšo tsa hae le liketso tsa hae tseo a li entseng Egepeta ho Faro morena oa Egepeta le naheng eohle ea hae+ 4 kapa seo a se entseng ho masole a Egepeta, ho lipere tsa Faro le likariki tsa ntoa, tse ileng tsa koaheloa ke metsi a Leoatle le Lefubelu ha a ntse a le lelekisa ’me Jehova a a felisa ka ho feletseng.+ 5 Ha baa ka ba bona seo a le etselitseng* sona lefeelleng ho fihlela le fihla sebakeng sena. 6 Ha baa bona seo a se entseng ho Dathane le Abirame bara ba Eliabe mora oa Rubene, ha lefatše le ahlama ’me le ba koenya hammoho le malapa a bona le litente tsa bona le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang e ileng ea ba latela, ka pel’a Baiseraele bohle.+ 7 Le bone liketso tsohle tse kholo tseo Jehova a li entseng.

8 Le phethe litaelo tsohle tseo ke le fang tsona kajeno e le hore le be matla ’me le tšele ho ea nka naha hore e be ea lona 9 le hore le phele nako e telele+ naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba lona le litloholo* tsa bona+ hore o tla ba fa eona, naha e phallang lebese le mahe a linotši.+

10 Naha eo le eang ho e nka ha e tšoane le naha ea Egepeta eo le tsoang ho eona, moo le neng le jala peo ea lona ’me le e nosetsa ka maoto* a lona joalokaha le nosetsa serapa sa meroho. 11 Empa naha eo le tšelelang ho eona ho ea e nka ke naha e lithaba le lithota.+ E noa metsi a pula e tsoang maholimong.+ 12 Ke naha eo Jehova Molimo oa lona a e hlokometseng. Jehova Molimo oa lona o lula a e shebile kamehla, ho tloha qalong ea selemo ho ea qetellong ea sona.

13 Haeba le mamela ka hloko litaelo tsa ka tseo ke le laelang tsona kajeno ebile le rata Jehova Molimo oa lona le ho mo sebeletsa ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle,+ 14 ke tla boela ke fe naha ea lona pula ka nako ea eona e behiloeng, pula ea lehoetla le pula ea selemo ’me le tla bokella lijo tsa lona tse kotutsoeng, veine ea lona e ncha le oli ea lona.+ 15 Ke tla etsa hore masimong a lona ho be le limela bakeng sa mehlape ea lona hape le tla ja le be le khotsofale.+ 16 Hlokomelang hore le se ke la thetsoa ’me la kheloha eaba le rapela melimo e meng le ho e inamela.+ 17 Ho seng joalo, Jehova o tla le halefela haholo ’me o tla koala maholimo e le hore pula e se ke ea na+ le naha e se ke ea fana ka lihlahisoa tsa eona ’me lona le tla felisoa ka potlako naheng e ntle eo Jehova a le fang eona.+

18 Le kenye mantsoe ana a ka lipelong tsa lona le likelellong tsa lona ’me le a tlame e le khopotso matsohong a lona, a be joaloka lebanta le roaloang liphatleng tsa lona.*+ 19 Le a rute bana ba lona ’me le bue ka ’ona ha le lutse ka matlung a lona, ha le tsamaea tseleng, ha le robala le ha le tsoha.+ 20 Le a ngole likoseneng tsa menyako ea matlo a lona le likeiting tsa lona 21 e le hore lona le bara ba lona le ka phela nako e telele+ naheng eo Jehova a hlapantseng hore o tla e fa baholo-holo ba lona,+ hafeela maholimo a ntse a le ka holim’a lefatše.

22 Haeba le mamela ka hloko litaelo tseo ke le fang tsona ’me le li latela e leng ho rata Jehova Molimo oa lona+ le ho tsamaea litseleng tsohle tsa hae le bile le mo khomarela,+ 23 Jehova o tla leleka lichaba tsena tsohle ka pel’a lona+ ’me le tla leleka lichaba tse kholo le tse ngata ho le feta.+ 24 Sebaka se seng le se seng seo le hatang ho sona e tla ba sa lona.+ Moeli oa lona o tla tloha lefeelleng ho ea fihla Lebanone, ho tloha Nokeng, e leng noka ea Eufrate ho ea leoatleng* le ka bophirimela.+ 25 Ha ho motho ea tla ema khahlanong le lona.+ Jehova Molimo oa lona o tla etsa hore naha eohle eo le tsamaeang ho eona e le tšohe ’me e le tšabe+ feela joalokaha a le tšepisitse.

26 Kajeno ke beha tlhohonolofatso le thohako ka pel’a lona:+ 27 tlhohonolofatso haeba le mamela litaelo tsa Jehova Molimo oa lona tseo ke le bolellang tsona kajeno,+ 28 kapa thohako haeba le sa mamele litaelo tsa Jehova Molimo oa lona+ ’me le kheloha tseleng eo ke le laelang hore le e latele kajeno ’me le latela melimo e meng eo le sa kang la e tseba.

29 Ha Jehova Molimo oa lona a le tlisa naheng eo le eang ho e nka hore e be ea lona, le fane ka tlhohonolofatso Thabeng ea Gerizime ’me le fane ka thohako Thabeng ea Ebale.+ 30 Na lithaba tsee ha li ka lehlakoreng le ka nģ’ela la Jordane ho elella ka bophirimela,* naheng ea Bakanana ba lulang Araba, e shebaneng le Gilgale ka thoko ho lifate tse kholo tsa More?+ 31 Joale le tšela Jordane ho ea nka naha eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona.+ Ha le se le e nkile ’me le lula ho eona, 32 le etse bonnete ba hore le mamela melao eohle le litaelo tseo ke le fang tsona kajeno.+

12 Ena ke melao le litaelo tseo le lokelang ho etsa bonnete ba hore lea li latela hafeela le ntse le phela naheng eo Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona a tla le fa eona hore e be ea lona. 2 Le felise libaka tsohle tseo lichaba tseo le tla li leleka li neng li sebeletsa melimo ea tsona ho tsona+ ebang ke lithabeng tse telele kapa maralleng kapa tlas’a sefate leha e le sefe se setle se setala. 3 Le lihe lialetare tsa tsona, le pshatle lipilara tsa tsona tse halalelang,+ le chese lipalo* tsa tsona tse halalelang mollong hape le pshatle litšoantšo tse betliloeng tsa melimo ea tsona+ ’me le felise mabitso a tsona sebakeng seo.+

4 Le se ke la rapela Jehova Molimo oa lona ka tsela eo.+ 5 Empa le ee sebakeng leha e le sefe seo Jehova Molimo oa lona a tla khetha ho beha lebitso la hae ho sona le ho lula teng har’a meloko eohle ea lona.+ 6 Ke moo le tla tlisa linyehelo tsa lona tsa secheso,+ mahlabelo a lona, likarolo tsa lona tsa leshome,+ monehelo oa lona,+ linyehelo tsa lona tsa boitlamo, linyehelo tsa lona tsa boithaopo+ le matsibolo a mohlape oa lona oa likhomo, oa linku le lipoli.+ 7 Le jelle moo le ba malapa a lona ka pel’a Jehova Molimo oa lona+ ’me le thabele mesebetsi eohle eo le e entseng+ hobane Jehova Molimo oa lona o le hlohonolofalitse.

8 Le se ke la etsa seo re se etsang mona kajeno joalokaha e mong le e mong a etsa se nepahetseng mahlong a hae* 9 hobane ha le e-s’o fihle sebakeng seo le tl’o lula ho sona+ le lefeng leo Jehova Molimo oa lona a tla le fa lona. 10 Ha le tšela Jordane+ ’me le lula naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, ka sebele o tla le sireletsa lireng tsohle tsa lona tse le potolohileng ’me le tla lula le sireletsehile.+ 11 Le tla tlisa lintho tsohle tseo ke le laelang hore le li tlise sebakeng seo Jehova Molimo oa lona a khethang hore lebitso la hae le lule ho sona,+ e leng linyehelo tsa lona tsa secheso, mahlabelo a lona, likarolo tsa lona tsa leshome,+ monehelo oa lona le nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea boitlamo eo le itlamang hore le tla e fa Jehova. 12 Le tla thaba ka pel’a Jehova Molimo oa lona,+ lona le bara ba lona, barali ba lona, makhoba a lona a banna le a basali le Balevi ba ka har’a metse* ea lona hobane ha baa fuoa karolo kapa lefa hammoho le lona.+ 13 Le hlokomele hore le se ke la etsetsa linyehelo tsa lona tsa secheso sebakeng leha e le sefe seo le se bonang.+ 14 Le etsetse linyehelo tsa lona tsa secheso sebakeng feela seo Jehova a se khethang ho se seng sa libaka tsa maloko a habo lona ’me le etse lintho tsohle tseo ke le laelang tsona moo.+

15 Empa neng kapa neng ha le lakatsa nama,+ le ka hlaba phoofolo ’me la e ja ho ea kamoo Jehova Molimo oa lona a le hlohonolofalitseng kateng metseng eohle ea lona.* Motho ea hloekileng le ea sa hloekang a ka e ja joalokaha le ka ja tšephe kapa khama. 16 Empa le se ke la ja mali.+ Le lokela ho a qhalla fatše joaloka metsi.+ 17 Le ke ke la lumelloa ho jella lintho tse latelang ka har’a metse ea lona:* Karolo ea leshome ea lijo tsa lona tse kotutsoeng, ea veine ea lona e ncha, ea oli ea lona hammoho le matsibolo a mohlape oa lona oa likhomo le oa linku le lipoli,+ linyehelo leha e le life tsa lona tsa boitlamo kapa linyehelo tsa lona tsa boithatelo kapa monehelo oa lona. 18 Lintho tsena le tla li jella ka pel’a Jehova Molimo oa lona sebakeng seo Jehova Molimo oa lona a tla se khetha,+ lona le bara ba lona, barali ba lona, basebeletsi ba lona ba banna le ba basali le Balevi ba ka har’a metse* ea lona ’me le tla thaba ka pel’a Jehova Molimo oa lona mesebetsing eohle eo le e entseng. 19 Le hlokomele hore le se ke la lebala Balevi+ hafeela le ntse le phela naheng ea lona.

20 Ha Jehova Molimo oa lona a atolosa meeli ea lona+ feela joalokaha a le tšepisitse+ ebe le re, ‘Ke batla ho ja nama’ hobane le e lakatsa, le ka e ja neng kapa neng ha le e lakatsa.+ 21 Haeba sebaka seo Jehova Molimo oa lona a khethang ho beha lebitso la hae ho sona+ se le hole le lona, joale le hlabe o mong oa mohlape oa lona oa likhomo kapa oa linku le lipoli oo Jehova a le fileng oona feela joalokaha ke le laetse ’me le li jelle ka har’a metse* ea lona neng kapa neng ha le lakatsa nama. 22 Le ka e ja joalokaha le ne le ka ja tšephe le khama,+ motho ea hloekileng le ea sa hloekang a ka e ja. 23 Le ikemisetse ka tieo hore le se ke la ja mali+ hobane mali ke bophelo.+ Le se ke la jelella nama le bophelo. 24 Le se ke la a ja. Lea qhalle fatše joaloka metsi.+ 25 Le se ke la a ja e le hore lintho li le tsamaele hantle le bana ba lona hobane le tla be le etsa lintho tse thabisang Jehova. 26 Ha le tla sebakeng seo Jehova a tla se khetha, le nke feela lintho tsa lona tse halalelang le linyehelo tsa lona tsa boitlamo. 27 Ke moo le tla fana ka linyehelo tsa lona tsa secheso, nama le mali+ holim’a aletare ea Jehova Molimo oa lona, mali a mahlabelo a lona a qhalloe pel’a aletare+ ea Jehova Molimo oa lona empa le ka ja nama.

28 Le etse bonnete ba hore le mamela mantsoe ana ’ohle ao ke le laelang ’ona e le hore lintho li ka lula li le tsamaela hantle le bana ba lona hobane le etsa se molemo le se thabisang Jehova Molimo oa lona.

29 Ha Jehova Molimo oa lona a felisa lichaba tseo le tlang ho li leleka+ ’me le lula naheng ea tsona, 30 le itlhokomele hore le se ke la latela litsela tsa tsona ka mor’a hore li felisoe ka pel’a lona. Le se ke la botsa ka melimo ea tsona la re, ‘Lichaba tsee li ne li sebeletsa melimo ea tsona joang? Le rona re tla etsa se tšoanang.’+ 31 Le se ke la rapela Jehova Molimo oa lona ka tsela eo hobane lichaba tseo li etsetsa melimo ea tsona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nyonyehang eo Jehova a e hloileng, esita le ho chesa bara le barali ba tsona mollong bakeng sa melimo ea tsona.+ 32 Le etse bonnete ba hore le phetha mantsoe ’ohle ao ke le laelang ’ona.+ Le se ke la eketsa kapa la fokotsa letho.+

13 Haeba ho hlaha moprofeta har’a lona kapa motho ea bolelang liketsahalo esale pele ka litoro ’me a le fa pontšo kapa limakatso 2 ’me pontšo kapa limakatso tseo a le boleletseng tsona li phethahala ’me a re, ‘A re lateleng melimo e meng,’ melimo eo le sa kang la e tseba ‘ ’me re e sebeletse,’ 3 le se ke la mamela mantsoe a moprofeta eo kapa a molori eo+ hobane Jehova Molimo oa lona oa le leka+ e le hore a tsebe hore na le rata Jehova Molimo oa lona ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle.+ 4 Le latele Jehova Molimo oa lona, le mo tšabe, le boloke litaelo tsa hae, le mamele lentsoe la hae, ke eena eo le lokelang ho mo sebeletsa ’me le mo khomarele.+ 5 Empa moprofeta eo kapa molori eo a bolaoe+ hobane o le khothalelitse hore le fetohele Jehova Molimo oa lona ea le ntšitseng naheng ea Egepeta ’me a le lopolla ntlong ea bokhoba, ho le khelosa tseleng eo Jehova Molimo oa lona a le laetseng hore le tsamaee ho eona. Le tlose se sebe har’a lona.+

6 Haeba ngoan’eno, mora oa ’mè oa hao, mora oa hao, morali oa hao, mosali oa hao ea ratehang kapa motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo a leka ho u hohela sephiring a re, ‘A re ee ’me re sebeletse melimo e meng,’+ melimo eo uena kapa baholo-holo ba hao le sa kang la e tseba, 7 melimo ea lichaba tse le potolohileng ebang ke tse haufi kapa tse hole le lona, ho tloha pheletsong e ’ngoe ea naha ho ea pheletsong e ’ngoe ea naha, 8 u se ke oa lumellana le eena kapa oa mo mamela+ kapa oa mo utloela bohloko kapa oa mo qenehela kapa oa mo sireletsa. 9 Ho e-na le hoo, ka sebele u lokela ho mo bolaea.+ E be uena oa pele ea mo tlepetsang ka majoe e le hore a shoe ebe ka mor’a moo sechaba sohle se mo tlepetsa ka majoe.+ 10 U mo tlepetse ka majoe ho fihlela a shoa+ hobane o ne a batla hore u fetohele Jehova Molimo oa hao ea u ntšitseng naheng ea Egepeta ka tlung ea bokhoba. 11 Joale Baiseraele bohle ba tla utloa ’me ba tšohe ’me le ka mohla ha ho na motho ea tla hlola a etsa ntho e mpe joaloka ena har’a lona.+

12 Haeba le utloa ho buuoa mantsoe ana a latelang ho e meng ea metse ea lona eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona hore le lule ho eona, 13 ‘Ho na le banna ba se nang molemo ba tsoileng har’a lona e le hore ba khelose baahi ba metse ea bona, ba re: “A re eeng ’me re sebeletse melimo e meng,” melimo eo le sa kang la e tseba.’ 14 Le hlahlobe taba ena, le etse lipatlisiso ’me le botsisise.+ Haeba e le ’nete hore ntho ena e mpe ea etsahala har’a lona, 15 le bolaee baahi ba motse oo ka sabole.+ Le felise+ ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ho oona ho akarelletsa le mehlape ea oona ka sabole. 16 Lintho tsohle tseo le li hapileng ho oona le li bokellele bohareng ba lebala la motse oo ’me le chese motse oo ka mollo, lintho tsa oona tse hapuoeng e tla ba nyehelo e feletseng ho Jehova Molimo oa lona. E tla ba motse o senyehileng ka ho sa feleng. Le ka mohla motse oo ha oa lokela ho hahoa bocha. 17 Le se ke la nka letho le tl’o felisoa+ e le hore Jehova a ka tlohela ho halefa ’me a le hauhele a be a le atise feela joalokaha a hlapanyelitse baholo-holo ba lona.+ 18 Le mamele* Jehova Molimo oa lona ka ho latela litaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno ’me le etse lintho tse thabisang Jehova Molimo oa lona.+

14 Le bara ba Jehova Molimo oa lona. Le se ke la iphatsa+ kapa la itšeha liphatleng* bakeng sa motho ea shoeleng+ 2 kaha le sechaba se halalelang+ ho Jehova Molimo oa lona ’me Jehova o le khethile hore le be sechaba sa hae, thepa ea hae e khethehileng* har’a lichaba tsohle tse holim’a lefatše.+

3 Le se ke la ja ntho leha e le efe e nyonyehang.+ 4 Tsena ke liphoofolo tseo le ka li jang:+ poho, nku, poli, 5 khama, tšephe, letsa, poli ea naheng, hloaele, nku ea naheng le phuthi. 6 Le ka ja phoofolo leha e le efe e nang le tlhako e arohaneng ebile e thuisa. 7 Leha ho le joalo, le se ke la ja liphoofolo tse latelang tse thuisang kapa tse nang le tlhako e arohaneng: Kamele, ’mutla le pela hobane lia thuisa empa ha li na tlhako e arohaneng. Ha lia hloeka bakeng sa lona.+ 8 Le se ke la ja le kolobe hobane e na le tlhako e arohaneng empa ha e thuise. Ha ea hloeka bakeng sa lona. Ha lea lokela ho ja nama ea tsona kapa ho thetsa litopo tsa tsona.

9 Le ka ja lintho tse latelang tse phelang ka metsing: Ntho leha e le efe e nang le mapheoana le makhakhapha le ka e ja.+ 10 Empa le se ke la ja eng kapa eng e se nang mapheoana le makhakhapha. Ha ea hloeka bakeng sa lona.

11 Le ka ja nonyana leha e le efe e hloekileng. 12 Empa tsena ke tseo le sa lokelang ho li ja: Ntsu, phakoe e jang litlhapi, lenong le letšo,+ 13 ’mankholi o mofubelu, ’mankholi o motšo, mefuta eohle ea ’mankholi, 14 mofuta o mong le o mong oa lekhoaba, 15 mpshe, sephooko, nonyana ea metsing, mofuta o mong le o mong oa phakoe, 16 sephooko se senyenyane, sephooko se litsebe li telele, khantši, 17 letata le jang litlhapi, lenong, seinoli, 18 mokotatsie, mofuta o mong le o mong oa kokolofitoe, popopo le ’mankhane. 19 Likokoanyana tsohle tse nang le mapheo le tsona ha lia hloeka bakeng sa lona. Le se ke la li ja. 20 Le ka ja sebopuoa leha e le sefe se hloekileng se fofang.

21 Le se ke la ja phoofolo leha e le efe e fumanoeng e shoele.+ Le ka e fa molichaba ea ka har’a metse* ea lona kapa la mo rekisetsa eona ’me a ka e ja kaha lona le sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lona.

Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la ’m’a eona.+

22 Le etse bonnete ba hore le fana ka karolo ea leshome ea lihlahisoa tsohle tsa peo ea lona tse tsoang masimong selemo le selemo.+ 23 Le jelle karolo ea lona ea leshome ea lijo tse kotutsoeng, ea veine ea lona e ncha, ea oli ea lona, ea matsibolo a lona a mohlape oa likhomo le oa linku le lipoli ka pel’a Jehova Molimo oa lona, sebakeng seo a tla khetha hore lebitso la hae le lule ho sona+ e le hore le ithute ho tšaba Jehova Molimo oa lona kamehla.+

24 Empa haeba leeto le e-ba lelelele haholo bakeng sa lona ’me le sa khone ho nka lintho tsena tsohle ho ea sebakeng seo Jehova Molimo oa lona a se khethang bakeng sa lebitso la hae+ hobane se le hole haholo le lona (kaha Jehova Molimo oa lona o tla le hlohonolofatsa), 25 joale le ka rekisa lintho tseo ’me le ee sebakeng seo Jehova Molimo oa lona a tla se khetha le nkile chelete eo. 26 Le ka reka eng kapa eng eo le e batlang ebang ke likhomo, linku, lipoli, veine le lino tse ling tse nang le joala le ntho leha e le efe eo le e thabelang ’me le tla li jella moo ka pel’a Jehova Molimo oa lona ’me le thabe le ba malapa a lona.+ 27 Hape le se ke la lebala Balevi ba ka har’a metse ea lona+ hobane ha baa fuoa kabelo kapa lefa hammoho le lona.+

28 Qetellong ea lilemo tse ling le tse ling tse tharo, le tlise karolo ea leshome ea lihlahisoa tsa lona tsa selemo seo ’me le li behe ka har’a metse ea lona.+ 29 Molevi ea sa fuoang kabelo kapa lefa hammoho le lona, molichaba, khutsana* le mohlolohali ba ka har’a metse ea lona, ba tla tla ’me ba je ba khotsofale+ e le hore Jehova Molimo oa lona a ka le hlohonolofatsa linthong tsohle tseo le li etsang.+

15 Ha selemo se seng le se seng sa bosupa se fela, le lokela ho hlakola likoloto.+ 2 Ona ke mokhoa oo le lokelang ho hlakola sekoloto ka oona: Motho e mong le e mong ea kolotoang, o tla hlakola sekoloto sa moahisani oa hae. A se ke a qobella moahisani oa hae kapa ngoan’abo hore a mo patale hobane sekoloto se hlakotsoeng se tla boleloa phatlalatsa ho Jehova.+ 3 Le ka qobella molichaba hore a patale+ empa le lokela ho hlakola sekoloto leha e le sefe sa ngoan’abo lona. 4 Leha ho le joalo, ha ho na motho ea lokelang ho futsaneha har’a lona hobane Jehova o tla le hlohonolofatsa+ naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona e le lefa 5 hafeela le mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lona ka hloko ’me le etsa bonnete ba hore le phetha litaelo tsena tsohle tseo ke le fang tsona kajeno.+ 6 Jehova Molimo oa lona o tla le hlohonolofatsa feela joalokaha a le tšepisitse ’me le tla alima lichaba tse ngata chelete ea lona empa ho ke ke ha hlokahala hore le alime letho ho tsona.+ Le tla laola lichaba tse ngata empa tsona li ke ke tsa le laola.+

7 Haeba e mong oa bana ba bo lona a futsaneha ho o mong oa metse ea lona naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, le se ke la thatafatsa lipelo tsa lona kapa la tima ngoan’abo lona oa mofutsana.+ 8 Le fane+ ’me le mo alime eng kapa eng eo a e hlokang kapa eo a se nang eona. 9 Le hlokomele hore le se ke la ba le monahano ona o mobe ka lipelong tsa lona oa hore ‘Selemo sa bosupa, e leng selemo sa tokollo se haufi’+ eaba lea timana ’me ha le fe ngoan’abo lona oa mofutsana letho. Haeba a ka llela ho Jehova ka lebaka la lona, le tla be le entse sebe.+ 10 Le mo fe le thabile+ eseng le* belaela hobane ke eona ntho e tla etsa hore Jehova Molimo oa lona a le hlohonolofatse nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang.+ 11 Ho tla lula ho e-na le bafutsana naheng.+ Ke ka lebaka leo ke le fang taelo ena, ‘Le lokela ho fa ngoan’abo lona ea hlorisoang le ea futsanehileng naheng ea habo lona le thabile.’+

12 Haeba u rekiselitsoe e mong oa bana beno, ebang ke monna kapa mosali oa Moheberu ’me a u sebelelitse ka lilemo tse tšeletseng, joale ka selemo sa bosupa u mo lokolle.+ 13 Haeba u mo lokolla, u se ke oa mo tsamaisa a sa nka letho. 14 U mo fe ho hong u thabile ho tsoa mohlapeng oa hao, seotlong sa hao le sehatelong sa hao sa oli le sa veine. U mo fe feela joalokaha Jehova Molimo oa hao a u hlohonolofalitse. 15 Le hopole hore le ne le le makhoba naheng ea Egepeta le hore Jehova Molimo oa lona o ile a le lopolla. Ke ka lebaka leo ke le laelang hore le etse sena kajeno.

16 Empa haeba a re ho uena, ‘Ha ke batle ho tloha ha hao’ hobane a u rata a bile a rata le ba lelapa la hao kaha a ntse a u sebeletsa a thabile,+ 17 u nke elese* u mo phunye tsebe ka eona ’me e hlahelle lemating ’me o tla lula e le lekhoba la hao bophelo bohle ba hae. U etse se tšoanang le ka lekhoba la hao la mosali. 18 U se ke oa utloa bohloko ha u lokolla lekhoba la hao ’me le tsamaea hobane mosebetsi oo le u etselitseng oona ka lilemo tse tšeletseng o ka lekana le moputso oo mosebeletsi ea hiriloeng a o fumanang ka makhetlo a mabeli ’me Jehova Molimo oa hao o u hlohonolofalitse nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e entseng.

19 Le halaletse letsibolo le leng le le leng le letona mohlapeng oa lona oa likhomo le oa linku le lipoli ho Jehova Molimo oa lona.+ Le se ke la sebelisa matsibolo a mehlape ea lona ea likhomo* ho etsa mosebetsi leha e le ofe kapa la kuta matsibolo a mehlape ea lona ea linku le lipoli. 20 Lona le ba malapa a lona le lokela ho jella matsibolo ao ka pel’a Jehova Molimo oa lona selemo le selemo sebakeng seo Jehova a tla se khetha.+ 21 Empa haeba matsibolo ao a e-na le bokooa bo itseng ebang a holofetse, a foufetse kapa a e-na le bothata leha e le bofe, le se ke la etsetsa Jehova Molimo oa lona sehlabelo ka ’ona.+ 22 Le a jelle ka har’a metse* ea lona. Motho ea hloekileng le ea sa hloekang a ka a ja joalokaha le ja tšephe kapa khama.+ 23 Empa le se ke la ja mali a ’ona.+ Le a qhalle fatše joaloka metsi.+

16 Le boloke khoeli ea Abibe* ’me le keteke Paseka ea Jehova Molimo oa lona+ hobane Jehova Molimo oa lona o ile a le ntša Egepeta bosiu ka khoeli ea Abibe.+ 2 Le etsetse Jehova Molimo oa lona nyehelo ea sehlabelo sa Paseka+ ho tsoa mohlapeng oa linku le lipoli le mohlapeng oa likhomo,+ sebakeng seo Jehova a khethang hore lebitso la hae le lule ho sona.+ 3 Le se ke la se jelella le ntho leha e le efe e nang le tomoso.+ Le je bohobe bo se nang tomoso ka matsatsi a supileng e leng bohobe ba mahloreho hobane le tsoile naheng ea Egepeta ka potlako.+ Le etse sena hafeela le ntse le phela e le hore le hopole letsatsi leo le tsoileng naheng ea Egepeta ka lona.+ 4 Ho se ke ha fumanoa hlama e bolila ho lona sebakeng sohle sa lona ka matsatsi a supileng.+ Hape ho se ke ha e-ba le nama leha e le efe eo le tla etsa sehlabelo ka eona letsatsing la pele mantsiboea, e lokelang ho sala bosiu kaofela ho fihlela hoseng.+ 5 Le ke ke la lumelloa ho etsa nyehelo ea sehlabelo sa Paseka metseng leha e le efe eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona. 6 Empa e lokela ho etsetsoa sebakeng seo Jehova Molimo oa lona a khethang hore lebitso la hae le be ho sona. Le etse nyehelo ea sehlabelo sa Paseka mantsiboea hang ha letsatsi le likela,+ ka letsatsi* leo le ileng la tsoa Egepeta ka lona. 7 Le e phehe ebe le e jella+ sebakeng seo Jehova Molimo oa lona a tla se khetha+ ’me hoseng le ka khutlela litenteng tsa lona. 8 Le je bohobe bo se nang tomoso ka matsatsi a tšeletseng ’me ka letsatsi la bosupa ho tla ba le seboka se hlomphehang sa Jehova Molimo oa lona. Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe ka letsatsi lena.+

9 Le bale libeke tse supileng. Le qale ho li bala ho tloha ha le qala ho kotula koro.*+ 10 Joale le keteke Mokete oa Libeke oa Jehova Molimo oa lona+ ka ho tlisa linyehelo tsa boithaopo tse tsoang ho lona. Le fane ka tsona ho ea kamoo Jehova Molimo oa lona a le hlohonolofalitseng kateng.+ 11 Le thabe ka pel’a Jehova Molimo oa lona sebakeng seo Jehova Molimo oa lona a khethang hore lebitso la hae le be ho sona,+ lona le bara ba lona, barali ba lona, makhoba a lona a banna le a basali, Balevi ba ka har’a metse* ea lona, balichaba, likhutsana* le bahlolohali ba leng har’a lona. 12 Le hopole hore le ne le le makhoba Egepeta+ ’me le latele melao ena ka hloko.

13 Le keteke Mokete oa Maphephe*+ ka matsatsi a supileng ha le bokella lintho tse tsoang seotlong sa lona le sehatelong sa lona sa oli le sa veine. 14 Le thabe nakong ea mokete oa lona,+ lona le bara ba lona, barali ba lona, makhoba a lona a banna le a basali, Balevi, balichaba, likhutsana* le bahlolohali ba ka har’a metse ea lona. 15 Le keteke mokete oa Jehova Molimo oa lona ka matsatsi a supileng+ sebakeng seo Jehova a se khethang hobane Jehova Molimo oa lona o tla hlohonolofatsa lihlahisoa tsohle tsa lona le lintho tsohle tseo le li etsang+ ’me le tla thaba.+

16 Hararo ka selemo, e mong le e mong e motona ho lona a hlahe ka pel’a Jehova Molimo oa lona sebakeng seo a se khethang: Moketeng oa Mahobe a se Nang Tomoso,+ Moketeng oa Libeke+ le Moketeng oa Maphephe*+ ’me ho se ke ha e-ba le ea mong ho lona ea tlang ho Jehova a sa nka letho. 17 E mong le e mong a tlise mpho e lekanang le tlhohonolofatso eo Jehova Molimo oa lona a mo fileng eona.+

18 Le khethe baahloli+ le balaoli bakeng sa maloko ’ohle a metseng* eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona ’me ba ahlole sechaba ka toka. 19 Le se ke la sotha toka,+ la ba leeme+ kapa la amohela tjotjo hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale+ ’me e sotha mantsoe a ba lokileng. 20 Le phehelle toka+ feela, e le hore le ka tsoela pele le phela ’me la nka naha eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona.

21 Haufi le aletare ea Jehova Molimo oa lona eo le iketselitseng eona, le se ke la lema sefate sa mofuta leha e le ofe hore le etse palo e halalelang ka sona.*+

22 Hape le se ke la iketsetsa pilara e halalelang+ e leng ntho eo Jehova Molimo oa lona a e hloileng.

17 Le se ke la etsetsa Jehova Molimo oa lona sehlabelo ka poho kapa nku e nang le bokooa kapa bothata bo itseng hobane e tla ba ntho e nyonyehang ho Jehova Molimo oa lona.+

2 Haeba ho e meng ea metse ea lona eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, ho ka fumanoa monna kapa mosali ea etsang lintho tse sa thabiseng Jehova Molimo oa lona ’me a tlola selekane sa hae+ 3 ebile a kheloha ’me a rapela melimo e meng ’me a e inamela kapa a inamela letsatsi kapa khoeli kapa makhotla ’ohle a maholimo,+ e leng ntho eo ke sa e laelang+ 4 ’me le boleletsoe kapa le utloile ka taba ena, joale le batlisise ka eona. Haeba ho tiisoa hore ke ’nete+ hore ntho ena e nyonyehang e entsoe Iseraele, 5 le ntšetse monna kapa mosali ea entseng ntho ena e mpe ka ntle ho likeiti tsa motse ’me a tlepetsoe ka majoe ho fihlela a shoa.+ 6 Motho eo a bolaoe hafeela ho e-na le lipaki tse peli kapa tse tharo.+ Empa a se ke a bolaoa haeba ho e-na le paki e le ’ngoe.+ 7 Lipaki tseo e lokela ho ba tsona tsa pele tse mo tlepetsang ka majoe e le hore a shoe, ebe ka mor’a moo sechaba sohle se mo tlepetsa ka majoe. Le tlose se sebe har’a lona.+

8 Haeba ho hlaha qoso har’a metse ea lona eo ho leng thata ho e ahlola, ebang ke qoso ea ho bolaea+ kapa ea molao, ea ntoa kapa ea mabaka a mang a ho se utloane, le eme ’me le ee sebakeng seo Jehova Molimo oa lona a se khethang.+ 9 Le ee ho baprista ba Balevi le ho moahloli+ ea leng teng ka nako eo, le botse ’me ba tla le etsetsa qeto.+ 10 Joale le etse ho ea ka qeto eo ba e entseng sebakeng seo Jehova a se khethang. Le etse bonnete ba hore le etsa lintho tsohle tseo ba le laelang tsona. 11 Le latele molao oo ba le bontšang oona le qeto eo ba le bolellang eona.+ Le se ke la kheloha qeto eo ba tla le fa eona, ebang ke ka ho ea ka ho le letona kapa le letšehali.+ 12 Motho ea ikhohomosang ka ho se mamele moprista ea sebeletsang Jehova Molimo oa lona kapa ka ho se mamele moahloli, o lokela ho shoa.+ Le tlose se sebe Iseraele.+ 13 Sechaba sohle se tla utloa, se tšohe ’me se ke ke sa hlola se ikhohomosa.+

14 Ha le kena naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona ’me le se le e nkile ebile le lula ho eona, ebe le re, ‘A re ikhetheleng morena joaloka lichaba tsohle tse re potolohileng,’+ 15 boemong boo, le etse bonnete ba hore le khetha morena eo Jehova Molimo oa lona a mo khethang.+ Le khethe morena har’a bana ba bo lona. Ha lea lumelloa ho khetha molichaba e leng motho eo e seng ngoan’abo lona. 16 Empa morena a se ke a ba le lipere tse ngata+ kapa a etsa hore sechaba se khutlele Egepeta e le hore a fumane lipere tse ling tse ngata+ kaha Jehova o itse ho lona, ‘Le ka mohla le se ke la khutlela Egepeta.’ 17 Hape a se ke a ba le basali ba bangata e le hore pelo ea hae e se ke ea kheloha+ kapa hona ho ipatlela silevera le khauta e ngata.+ 18 Ha a lula teroneng ea ’muso oa hae, a nke Molao o bolokiloeng ke baprista ba Balevi ’me a ikopiletse oona bukeng.*+

19 E tla lula ho eena ’me a e bale bophelo bohle ba hae+ e le hore a ka ithuta ho tšaba Jehova Molimo oa hae le hore a latele ’me a phethe mantsoe ’ohle a Molao ona le litaelo tsena ka ho li phetha.+ 20 Kahoo, a ke ke a ikhohomosetsa bana babo ’me a ke ke a kheloha litaelo tsena, ebang ke ka ho ea ka ho le letona kapa le letšehali e le hore a ka phela nako e telele ’musong oa hae, eena le bara ba hae har’a Iseraele.

18 Baprista ba Balevi le leloko lohle la Levi, ba ke ke ba fuoa kabelo kapa lefa le Iseraele. Ba tla ja linyehelo tse cheselitsoeng Jehova, tseo e leng lefa la hae.+ 2 Kahoo, ba se ke ba e-ba le lefa har’a bana ba bo bona. Jehova ke lefa la bona feela joalokaha a buile le bona.

3 Joale tsena ke lintho tseo sechaba se lokelang ho li fa baprista: Mang kapa mang ea etsang sehlabelo ebang ke ka poho kapa ka nku, a fe moprista sephaka, mehlahare le moholu. 4 Le mo fe lihlahisoa tsa pele tsa lijo tsa lona tse kotutsoeng, tsa veine ea lona e ncha, tsa oli ea lona le boea bo kutiloeng pele mohlapeng oa lona oa linku le lipoli.+ 5 Jehova Molimo oa lona o khethile eena le bara ba hae ho tsoa melokong eohle ea lona hore ba sebeletse ka lebitso la Jehova kamehla.+

6 Empa haeba Molevi a tloha ho o mong oa metse ea lona e Iseraele moo a neng a lula teng+ ’me a lakatsa ho ea sebakeng seo Jehova a se khethang,*+ 7 a ka sebeletsa moo ka lebitso la Jehova Molimo oa hae joaloka bana babo bohle ba Balevi, ba sebeletsang moo ka pel’a Jehova.+ 8 A fumane karolo ea lijo e lekanang le ea bona+ ho ekelletsa ho seo a se fumanang ha a rekisa thepa ea baholo-holo ba hae.

9 Ha le se le kene naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, le se ke la etsisa lichaba tseo eaba le etsa lintho tse nyonyehang.+ 10 Har’a lona ho se ke ha e-ba le motho leha e le ofe ea etsang sehlabelo ka ho chesa ngoana oa hae,+ ea sebelisang bonohe,+ ea sebelisang boselamose,+ ea batlang lipontšo tsa se tlang,+ moloi,+ 11 ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi, ea batlang keletso ho mang kapa mang ea reng o buisana le balimo,+ ea reng o bolela liketsahalo esale pele*+ kapa ea botsang bafu.+ 12 Mang kapa mang ea etsang lintho tsena oa nyonyeha ho Jehova. Ka lebaka la ho etsa lintho tsena tse nyonyehang, Jehova Molimo oa lona o lelekela lichaba tseo hole le lona. 13 Le hloeke ka ho feletseng ka pel’a Jehova Molimo oa lona.+

14 Lichaba tsena tseo le li lelekang li ne li mamela ba sebelisang boselamose+ le linohe+ empa Jehova Molimo oa lona ha aa le lumella ho etsa joalo. 15 Jehova Molimo oa lona o tla le khethela moprofeta ea tšoanang le ’na har’a bana ba bo lona. Le mo mamele.+ 16 Ena ke karabo ea seo le se kopileng ho Jehova Molimo oa lona Horebe letsatsing leo le neng le kopane*+ ha le ne le re, ‘Le ka mohla u se ke oa re lumella hore re utloe lentsoe la Jehova Molimo oa rona kapa re bone mollo ona o moholo e le hore re se ke ra shoa.’+ 17 Eaba Jehova o re ho ’na, ‘Ntho eo sechaba se e buileng ea utloahala. 18 Ke tla se fa moprofeta ea tšoanang le uena har’a bana ba bo sona+ ’me ke tla mo bolella mantsoe ao a lokelang ho a bua+ ’me o tla se bolella sohle seo ke mo laelang sona.+ 19 Motho ea sa mameleng mantsoe a ka ao a tla a bua ka lebitso la ka,+ o tla ikarabella ho ’na.

20 Haeba moprofeta leha e le ofe a sa ntlhomphe ka hore a bue mantsoe ao ke sa mo laelang ’ona ka lebitso la ka kapa a bua ka lebitso la melimo e meng, moprofeta eo o lokela ho shoa.+ 21 Empa haeba le ka re: “Re tla tseba joang hore ha se Jehova ea buileng mantsoe ao?” 22 Ha moprofeta a bua ka lebitso la Jehova ’me mantsoe ao a sa phethahale, joale Jehova ha se eena ea buileng mantsoe ao. Moprofeta eo o iqapetse mantsoe ao ka boikhohomoso. Le se ke la mo tšaba.’

19 Ha Jehova Molimo oa lona a felisa lichaba tseo Jehova Molimo oa lona a le fang naha ea tsona ’me le li lelekile ebile le se le lula metseng ea tsona le matlong a tsona,+ 2 le khethe metse e meraro naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona hore e be ea lona.+ 3 Le arole naha eo Jehova Molimo oa lona a le fileng eona hore e be likarolo li tharo ’me le lokise litsela e le hore ’molai leha e le ofe a ka balehela ho o mong oa metse eo.

4 Joale, ’molai a etse tjena e le hore a ’ne a phele: Haeba a bolaile oa habo a sa ikemisetsa ebile a sa mo hloea+ 5 joalokaha motho a ka ea le oa habo morung ho ea roalla patsi ebe ha a re o kapa patsi ka selepe, hlooho ea selepe seo e be e tsoa e otla oa habo ebe oa shoa, ’molai o lokela ho balehela ho o mong oa metse ena e le hore a phele.+ 6 Empa haeba motse o ne o le hole haholo, motho ea amanang le motho ea bolailoeng*+ o ne a ka mo lelekisa ’me a mo bolaea ka lebaka la ho halefa haholo. Leha ho le joalo, ’molai o ne a sa lokela ho shoa kaha o ne a sa hloea oa habo.+ 7 Ke ka lebaka leo ke le laelang hore le khethe metse e meraro.

8 Haeba Jehova Molimo oa lona a atolosa sebaka sa lona joalokaha a hlapanyelitse baholo-holo ba lona+ ’me a le file naha eohle eo a e tšepisitseng baholo-holo ba lona+ 9 ’me le mamela litaelo tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno, e leng ho rata Jehova Molimo oa lona le ho tsamaea litseleng tsa hae kamehla,+ joale le eketse metse e meng e meraro ho ena e meraro.+ 10 Ka tsela ena, ha ho na motho ea se nang molato ea tla bolaoa+ naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona e le lefa ’me le ke ke la e-ba le molato oa mali.+

11 Empa haeba motho a ne a hloile oa habo+ ’me a ne a mo lalletse e le hore a mo hlasele ebe o mo lematsa hoo a shoang, joale a balehela ho e meng ea metse ena, 12 banna ba baholo ba motse oa habo ba mo laele hore a latoe moo ’me a isoe ho motho ea amanang le motho ea bolailoeng hore a mo bolaee.+ 13 Le* se ke la utloela motho eo bohloko hobane haeba le sa mo bolaee, Iseraele e tla ba le molato oa mali+ ’me le ke ke la atleha.

14 Ha le fumana lefa naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, le se ke la chechisa matšoao a moeli a moahisani oa lona+ sebakeng seo baholo-holo ba sehileng meeli ho sona.

15 Motho a ke ke a behoa molato ka lebaka la phoso kapa sebe seo a se entseng haeba ho e-na le bopaki ba motho a le mong.+ Bopaki* ba batho ba babeli kapa ba bararo ke bona bo tla tiisa taba.+ 16 Haeba motho a fana ka bopaki ba leshano khahlanong le e mong ’me a mo qosa ka ho etsa phoso e itseng,+ 17 batho bana ba babeli ba nang le qabang ba tla ema ka pel’a Jehova, ka pel’a baprista le baahloli ba tla beng ba le teng ka nako eo.+ 18 Baahloli ba tla batlisisa+ ’me haeba motho ea faneng ka bopaki a buile leshano ’me a qositse ngoan’abo ka leshano, 19 le mo etse seo a neng a rerile ho se etsa ho ngoan’abo,+ le tlose se sebe har’a lona.+ 20 Ba setseng ba tla utloa ’me ba tšohe ’me le ka mohla ha ba sa tla hlola ba etsa ntho leha e le efe e mpe joaloka ena har’a lona.+ 21 Le* se ke la mo utloela bohloko:+ Le fane ka bophelo bakeng sa bophelo, leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino, letsoho bakeng sa letsoho, leoto bakeng sa leoto.+

20 Haeba le e’o loantša lira tsa lona ’me le bona lipere tsa tsona, masole le likariki tsa tsona tsa ntoa li le ngata ho feta tsa lona, le se ke la li tšaba hobane Jehova Molimo oa lona ea le ntšitseng naheng ea Egepeta o na le lona.+ 2 Ha le le haufi le ho loana, moprista a tle ’me a bue le masole.+ 3 A re, ‘Mamelang lona Baiseraele, le haufi le ho loantša lira tsa lona. Le se ke la tšoha kapa la thothomela ka lebaka la tsona 4 kaha Jehova Molimo oa lona o tsamaea le lona e le hore a le loanele ho lira tsa lona le ho le pholosa.’+

5 Balaoli le bona ba bue le masole ba re, ‘Ke mang ea hahileng ntlo e ncha ’me a e-s’o lule ho eona? A ke a khutlele ntlong ea hae. Ho seng joalo, ho ka etsahala hore a shoelle ntoeng ’me monna e mong o tla lula ho eona. 6 Ke mang ea lemmeng serapa sa morara ’me a e-s’o se kotule? A ke a khutlele ntlong ea hae. Ho seng joalo, ho ka etsahala hore a shoelle ntoeng ’me monna e mong o tla se kotula. 7 Ke mang ea lebelelitseng mosali ’me a e-s’o mo nyale? A ke a khutlele ntlong ea hae.+ Ho seng joalo, ho ka etsahala hore a shoelle ntoeng ’me monna e mong o tla mo nyala.’ 8 Hape balaoli ba lokela ho botsa masole ba re, ‘Ke mang ea letsoalo le ea boi?+ A ke a khutlele ntlong ea hae e le hore a se ke a nyahamisa bana babo joalokaha a nyahame.’*+ 9 Ha balaoli ba qetile ho bua le masole, ba khethe banna ba tla etella masole ao pele.

10 Haeba le atamela motse e le hore le o loantše, le boele le bolelle batho ba motse oo seo ba lokelang ho se etsa e le hore ho be le khotso.+ 11 Haeba ba lumellana le lona ’me ba le bulela keiti ea motse, batho bohle ba fumanoang moo e tla ba ba lona e le hore ba etse mosebetsi o boima* ’me ba tla le sebeletsa.+ 12 Empa haeba ba hana ho etsa khotso le lona, ho e-na le hoo ba le loantša, le ba thibelle. 13 Jehova Molimo oa lona o tla nehelana ka motse oo ho lona ’me le bolaee monna e mong le e mong ka sabole. 14 Leha ho le joalo, le ka inkela basali, bana, mehlape le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e motseng hammoho le lintho tsohle tseo le li hapileng+ ho oona ’me le tla ja lintho tse hapuoeng tsa lira tsa lona, tseo Jehova Molimo oa lona a le fileng tsona.+

15 Ke seo le tla se etsa metseng eohle e hole haholo le lona eo e seng ea lichaba tsena tse haufi le lona. 16 Empa le bolaee batho bohle*+ ba lulang metseng e naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona e le lefa. 17 Le felise Bahethe, Baamore, Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse+ feela joalokaha Jehova Molimo oa lona a le laetse 18 e le hore ba se ke ba le ruta ho etsa lintho tsohle tse nyonyehang tseo ba neng ba li etsetsa melimo ea bona ’me ba etsa hore le siteloe Jehova Molimo oa lona.+

19 Haeba le thibella motse e le hore le o hape, motse oo le neng le ntse le o loantša ka matsatsi a mangata, le se ke la khaola lifate tsa oona ka selepe. Le se ke la khaola lifate tseo empa le ka ja litholoana tse ho tsona.+ Na le lokela ho hlasela sefate sa naha joalokaha le hlasela motho? 20 Le ka khaola feela sefate seo le tsebang hore ha se behe litholoana tse jeoang. Le ka se khaola ’me la se sebelisetsa ho thibella motse o le loantšang ho fihlela motse oo o oa.

21 Haeba ho e-na le motho ea fumanoang a bolailoe tšimong e naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona hore e be ea lona ’me ho sa tsebahale hore na o bolailoe ke mang, 2 banna ba baholo le baahloli ba habo lona+ ba tsoe ’me ba lekanye sebaka se pakeng tsa setopo le metse e haufi le sona. 3 Joale banna ba baholo ba motse o haufi le moo setopo se fumanoeng teng, ba nke khomo e nyenyane mohlapeng oa likhomo, e e-s’o kang e jara joko kapa e etsa mosebetsi leha e le ofe. 4 Banna ba baholo ba motse oo, ba theolele khomo eo e nyenyane khohlong* e phallang metsi eo ho e-s’o kang ho lengoa kapa ho jaloa peo ho eona ’me ba e robe molala hona moo khohlong.+

5 Baprista ba Balevi ba lokela ho ba teng hobane Jehova Molimo oa lona o khethile bona hore ba mo sebeletse+ le hore ba hlohonolofatse ka lebitso la Jehova.+ Ba tla bolela hore na liqabang tse akareletsang ntoa li rarolloe joang.+ 6 Joale banna bohle ba baholo ba motse o haufi le setopo, ba hlapele matsoho+ holim’a khomo e nyenyane e ileng ea rojoa molala khohlong 7 ’me ba re, ‘Ha se rona ba bolaileng motho enoa ebile ha rea bona ha a bolaoa. 8 Jehova, u se ke oa beha sechaba sa hao sa Iseraele seo u se lopolotseng+ molato. U se ke oa se beha molato ka lebaka la motho ea se nang molato ea bolailoeng.’+ Kahoo, sechaba se ke ke sa e-ba le molato oa polao. 9 Ha le etsa sena le thabisa Jehova. Le tla tlosa molato oa motho eo ea bolailoeng ho lona.

10 Haeba le e’o loantša lira tsa lona ’me Jehova Molimo oa lona a li hlola bakeng sa lona ’me le li hapa,+ 11 ebe har’a batho bao le ba hapileng u bona mosali e motle, ea u khahlileng ’me u batla hore e be mosali oa hao, 12 u ka mo tlisa ka tlung ea hao. Mosali eo a kute moriri oa hae, a kute manala a hae, 13 a hlobole liaparo tseo a tlileng a li apere ’me a lule ka tlung ea hao. O tla llela ntate oa hae le ’mè oa hae khoeli kaofela.+ Ka mor’a moo, u ka etsa thobalano le eena. U tla ba monna oa hae ’me eena e be mosali oa hao. 14 Leha ho le joalo, haeba a se a sa u khahle, u mo tlohele+ hore a ee moo a batlang. Empa u se ke oa mo rekisa kapa oa mo tšoara hampe kaha u mo tlotlolotse.

15 Haeba monna a e-na le basali ba babeli ’me a rata e mong ho feta e mong,* ka bobeli ba mo tsoalletse bara ’me mora oa letsibolo e le oa mosali ea sa ratoeng,+ 16 letsatsing leo ka lona a fanang ka mafa a hae ho bara ba hae, a ke ke a lumelloa ho tšoara mora oa mosali ea ratoang joalokaha eka ke letsibolo empa letsibolo e le mora oa mosali ea sa ratoeng. 17 O lokela ho hlokomela hore mora oa mosali ea sa ratoeng ke eena letsibolo ka hore a mo fe likarolo tse peli tsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona hobane ke eena ngoana oa hae oa pele. Tokelo ea ho ba letsibolo ke ea hae.+

18 Haeba motho a e-na le mora ea manganga ebile e le lerabele, a sa mamele ntate oa hae kapa ’mè oa hae+ ’me ba lekile ho mo khalemela empa a hana ho ba mamela,+ 19 ntate oa hae le ’mè oa hae ba mo tšoare ’me ba mo ise ho banna ba baholo keiting ea motse oa habo. 20 Ba re ho banna bao, ‘Mora enoa oa rona o manganga ebile ke lerabele. O hana ho re mamela. O ja ho feta tekano+ ebile ke letahoa.’+ 21 Joale batho bohle ba motse oa habo ba lokela ho mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a shoa. Le lokela ho tlosa se sebe har’a lona ’me Baiseraele bohle ba tla utloa ’me ba tla tšoha.+

22 Haeba motho a entse sebe se lokeloang ke kahlolo ea lefu ’me le se le mo bolaile,+ le mo fanyehile palong,+ 23 setopo sa hae ha sea lokela ho lula palong bosiu kaofela.+ Ho e-na le hoo, le etse bonnete ba hore le mo pata letsatsing lona leo hobane motho ea fanyehiloeng o rohakiloe ke Molimo+ ’me le se ke la silafatsa naha eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona e le lefa.+

22 Haeba u bona poho kapa nku ea ngoan’eno e lahleha, u se ke oa e tlohela ka boomo.+ U e khutlisetse ho ngoan’eno. 2 Empa haeba ngoan’eno a sa lule haufi le uena kapa u sa mo tsebe, u tlise phoofolo eo ha hao ’me e lule ha hao ho fihlela ngoan’eno a tla a ntse a batlana le eona. Joale u e khutlisetse ho eena.+ 3 U etse ntho e tšoanang ka tonki ea hae, liaparo tsa hae le ka ntho leha e le efe eo ngoan’eno a e lahlileng ’me u e thotse. U se ke oa e tlohela.

4 Haeba u bona tonki kapa poho ea ngoan’eno e oela tseleng, u se ke oa e tlohela ka boomo. U mo thuse ho e phahamisa.+

5 Mosali ha aa lokela ho apara liaparo tsa banna le monna ha aa lokela ho apara liaparo tsa basali. Mang kapa mang ea etsang lintho tsena, oa nyonyeha ho Jehova Molimo oa lona.

6 Haeba u thola sehlaha sa nonyana tseleng se e-na le malinyane kapa mahe ebang se le sefateng kapa fatše ’me ’m’a ’ona a fuame malinyane kapa mahe, u se ke oa nka malinyane hammoho le ’m’a ’ona.+ 7 U tlohele ’m’a ’ona hore a tsamaee empa u ka inkela malinyane. U etse sena e le hore u ka atleha ’me u phele nako e telele.

8 Haeba u haha ntlo, u etse le lebota le lekhutšoanyane* ho potoloha marulelo a hao+ e le hore uena le ba lelapa la hao le se ke la e-ba le molato oa mali hobane motho a oele a le ho eona.

9 Le se ke la jala peo ea mofuta o mong lirapeng tsa lona tsa morara.+ Ho seng joalo, lihlahisoa tsa peo eo le tsa lirapa tsa morara li tla nkoa li isoe sehalalelong.

10 Le se ke la pana poho le tonki hammoho ha le lema.+

11 Le se ke la apara liaparo tse entsoeng ka ulu e kopaneng le line.+

12 Le etse litjobo* lik’honeng tse ’nè tsa liaparo tsa lona.+

13 Haeba monna a nyala mosali ’me a etsa thobalano le eena empa a se a sa mo batle* 14 ’me a mo qosa ka ho etsa boitšoaro bo bobe a bile a mo senya lebitso a re, ‘Ke nyetse mosali enoa empa ha ke robala le eena ha kea fumana bopaki ba hore ke moroetsana,’ 15 ntate le ’mè oa ngoanana ba lokela ho fana ka bopaki ba hore morali oa bona e ne e le moroetsana ’me ba bo tlise ho banna ba baholo keiting ea motse. 16 Ntate oa ngoanana eo o tla re ho banna ba baholo, ‘Ke file monna enoa morali oa ka hore e be mosali oa hae empa ha a sa mo batla* 17 ebile o mo qosa ka ho etsa boitšoaro bo bobe, o re: “Ke fumane hore morali oa hao ha a na bopaki ba hore ke moroetsana.” Joale bopaki ba boroetsana ba morali oa ka ke bona.’ Ba ale lesela ka pel’a banna ba baholo ba motse. 18 Banna ba baholo ba motse oo,+ ba tla nka monna eo ’me ba mo shape.+ 19 Ba mo patalise likotoana tsa silevera tse etsang boima bo ka holimonyana ho k’hilokramo* ’me ba li fe ntate oa ngoanana hobane monna eo o sentse lebitso la moroetsana oa Iseraele.+ Leha ho le joalo, e tla ’ne e be mosali oa hae hafeela a ntse a phela. Monna eo a ke ke a lumelloa ho mo hlala.

20 Leha ho le joalo, haeba qoso eo e le ’nete ’me ho se na bopaki ba hore ngoanana eo e ne e le moroetsana, 21 banna ba baholo ba tlise ngoanana eo monyako oa ntlo ea ntate oa hae ’me banna ba motse oa habo ba mo tlepetse ka majoe ho fihlela a shoa hobane o entse ntho e hlabisang lihlong+ Iseraele ka ho etsa thobalano* a ntse a lula ka tlung ea ntate oa hae.+ Le tlose se sebe har’a lona.+

22 Haeba monna a fumanoa a robetse le mosali oa monna e mong, ka bobeli ba lokela ho bolaoa.+ Le tlose se sebe Iseraele.

23 Haeba moroetsana a lebelelitsoe ke monna ’me monna e mong a kopana le eena motseng ebe o robala le eena, 24 ka bobeli le ba tlise keiting ea motse oo ’me le ba tlepetse ka majoe ho fihlela ba shoa. Ngoanana eo a bolaoe hobane ha aa ka a hoeletsa ho kopa thuso motseng le monna eo a bolaoe hobane o tlotlolotse mosali oa monna e mong.+ Le tlose se sebe har’a lona.

25 Leha ho le joalo, haeba monna a kopana le ngoanana ea lebelelitsoeng tšimong ’me a mo beta, monna eo o tla bolaoa a le mong. 26 Le se ke la etsa ngoanana eo letho hobane ha aa etsa sebe se lokeloang ke lefu. Ketso ena e tšoana le ea monna ea hlaselang motho e mong ’me a mo bolaea.+ 27 O kopane le eena tšimong ’me ngoanana ea lebelelitsoeng o ile a hoeletsa ho kopa thuso empa ho ne ho se na motho ea mo pholosang.

28 Haeba ho etsahala hore monna a kopane le ngoanana oa moroetsana ea sa lebeletsoang, a mo nka a robala le eena ’me ba fumanoa,+ 29 monna eo a fe ntate oa ngoanana eo likotoana tsa silevera tse etsang boima ba likramo tse 570* ’me e tla ba mosali oa hae+ hobane o mo tlotlolotse. Hafeela monna eo a ntse a phela, a ke ke a lumelloa hore a mo hlale.

30 Ho se ke ha e-ba le monna ea nkang mosali oa ntate oa hae e le hore a se ke a tlotlolla ntate oa hae.+

23 Ho se ke ha e-ba le monna ea pshatlehileng makoalata kapa ea khaotsoeng setho sa hae sa botona eo e ka bang karolo ea phutheho ea Jehova.+

2 Ho se ke ha e-ba le mora ea hlahileng batsoali ba hae ba sa nyalana* eo e ka bang karolo ea phutheho ea Jehova,+ esita le bana ba hae le litloholo tsa hae ho isa molokong oa leshome e ke ke ea e-ba karolo ea phutheho ea Jehova.

3 Ho se ke ha e-ba le Moamone kapa Momoabe eo e ka bang karolo ea phutheho ea Jehova.+ Ho se ke ha e-ba le ea mong oa bana ba bona eo le ka mohla e ka bang karolo ea phutheho ea Jehova, esita le litloholo tsa bona ho isa molokong oa leshome 4 hobane ha baa ka ba le thusa ka lijo le metsi ha le ne le le tseleng e tsoang Egepeta.+ Hape ba ile ba le hirela Balame mora oa Beore ea tsoang Pethore e Mesopotamia hore a le bitsetse bomalimabe.+ 5 Empa Jehova Molimo oa lona o ile a hana ho mamela Balame.+ Ho e-na le hoo, Jehova Molimo oa lona o ile a fetola bomalimabe hore e be tlhohonolofatso ho lona+ hobane Jehova Molimo oa lona o le ratile.+ 6 Le ka mohla le se ke la ba thusa hore lintho li ba tsamaele hantle le hore ba atlehe hafeela le ntse le phela.+

7 Le se ke la hloea Baedomo hobane ke bana ba bo lona.+

Le se ke la hloea Baegepeta hobane le ne le le balichaba naheng ea bona.+ 8 Bana bao ba ba tsoalang ba moloko oa boraro, e ka ba karolo ea phutheho ea Jehova.

9 Ha le ntse le le litenteng le e’o loantša lira tsa lona, le se ke la itšilafatsa.+ 10 Haeba monna a silafala ka lebaka la ho tsoa peo bosiu,+ a tsoele ka ntle ho liahelo ’me a se ke a khutlela ka hare. 11 Ha e e-ba mantsiboea, a itlhatsoe ka metsi ’me a khutlele liahelong ha letsatsi le likela.+ 12 Le khethe sebaka* seo le tla se sebelisa ka ntle ho liahelo ’me le ee moo. 13 Le be le kepa lithulusing tsa lona. Ha le e’o ithusa ka ntle, le cheke sekoti ka eona ’me le koahele mantle a lona. 14 Jehova Molimo oa lona o sebakeng seo le lulang ho sona+ ’me o nehelana ka lira tsa lona ho lona. Kahoo, sebaka seo le hlommeng litente ho sona se lokela ho halalela+ e le hore a se ke a bona letho le sa hlompheheng ho lona eaba o tlohela ho tsamaea le lona.

15 U se ke oa khutlisetsa lekhoba ho mong’a lona ha le balehetse ho uena. 16 Lekhoba leo le ka lula le uena sebakeng leha e le sefe seo le se khethang ho o mong oa metse ea heno, hohle moo le ratang teng. U se ke oa le tšoara hampe.+

17 Ho se ke ha e-ba le ea mong oa barali ba Iseraele eo ebang letekatse la tempele+ leha e le hore mang kapa mang oa bara ba Iseraele a fetohe letekatse la tempele.+ 18 Le se ke la tlisa chelete e patetsoeng* letekatse la mosali kapa la monna* ka tlung ea Jehova Molimo oa lona e le ho phetha boitlamo ba bona hobane ba le babeli ke ntho e nyonyehang ho Jehova Molimo oa lona.

19 Le se ke la lefisa bana ba bo lona phaello+ ebang ke phaello ea chelete, ea lijo kapa ea ntho leha e le efe e ka batlang phaello. 20 Le ka lefisa balichaba phaello+ empa bana ba bo lona le se ke la ba lefisa eona+ e le hore Jehova Molimo oa lona a ka le hlohonolofatsa nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang naheng eo le eang ho e nka hore e be ea lona.+

21 Haeba u etsa kano ho Jehova Molimo oa hao,+ u se ke oa lieha ho e phetha+ hobane Jehova Molimo oa hao u lebeletse hore u e phethe, ho seng joalo u tla be u entse sebe.+ 22 Empa haeba u khetha ho se etse kano, u tla be u sa etse sebe.+ 23 U phethahatse seo u se buileng+ hobane kano eo u e entseng ke nyehelo ea boithaopo ho Jehova Molimo oa hao.+

24 Haeba u kena serapeng sa morara sa moahisani oa hao, u ka ja morara hore u khotsofale empa u se ke oa tšela o mong ka mokotleng oa hao.+

25 Haeba u kena tšimong ea koro ea moahisani oa hao, u ka kha e butsoitseng empa u se ke oa hela koro ea moahisani oa hao ka sekele.+

24 Haeba monna a nyetse mosali empa a se a sa mo batle hobane a fumane hore o itšoere ka tsela e sa hlompheheng, a mo ngolle lengolo la tlhalo,+ a mo fe lona ’me a mo leleke.+ 2 Ha mosali eo a se a tsamaile ntlong ea hae, a ka nyaloa ke monna e mong.+ 3 Haeba monna oa hae oa bobeli a se a sa mo batle* ’me a mo ngolla lengolo la tlhalo, a mo fa lona ’me a mo leleka ntlong ea hae kapa haeba monna eo a shoa, 4 monna oa hae oa pele ea ileng a mo leleka a ke ke a lumelloa hore a mo nyale hape ka mor’a hore a silafatsoe hobane ho etsa joalo ke ntho e nyonyehang ho Jehova. Le se ke la tlisa sebe naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona e le lefa.

5 Haeba monna a qeta ho nyala, a se ke a ea sesoleng kapa a fuoa mosebetsi leha e le ofe. A qete selemo a se na boikarabelo leha e le bofe, a lule hae ’me a thabise mosali oa hae.+

6 Ho se ke ha e-ba le motho ea nkelang e mong leloala la letsoho kapa tšiloana e le bopaki ba hore o tla patala sekoloto sa hae*+ hobane ho etsa joalo e tla be e le ho nka ntho eo a iphelisang ka eona.*

7 Haeba ho fumanoa motho ea koetetseng e mong oa bana babo ba Iseraele, a ile a mo tšoara hampe ’me a mo rekisa,+ motho ea mo koetetseng o lokela ho shoa.+ Le tlose se sebe har’a lona.+

8 Haeba ho e-na le lefu la lepera,* le etse bonnete ba hore le latela litaelo tsohle tseo baprista ba Balevi ba le fang tsona.+ Le etse feela joalokaha ke ba laetse. 9 Le hopole seo Jehova Molimo oa lona a se entseng ho Miriame ha le ne le le tseleng le tsoa Egepeta.+

10 Haeba u alima moahisani oa hao ntho leha e le efe,+ u se ke oa kena ka tlung ea hae e le hore u inkele ntho eo a itseng e tla ba bopaki ba hore u tla u patala. 11 U eme ka ntle ’me motho ea u kolotang e lokela ho ba eena ea tlisang ntho eo e tlang ho ba bopaki ba hore o tla u patala. 12 Haeba motho eo e le mofutsana, u se ke oa robala u e-na le ntho eo a u fileng eona e le bopaki ba hore o tla u patala.+ 13 U e khutlisetse ho eena hang ha letsatsi le likela. O tla robala ka seaparo sa hae+ ’me o tla u hlohonolofatsa. Jehova Molimo oa hao o tla nka hoo e le ketso e lokileng.

14 U se ke oa etsetsa mosebeletsi ea futsanehileng bolotsana ebang ke e mong oa bana beno kapa ke molichaba ea naheng ea heno ka har’a metse* ea lona.+ 15 U mo fe moputso oa hae letsatsing lona leo,+ pele letsatsi le likela hobane ke mofutsana ebile o hloka moputso oo e le hore a ’ne a phele. Ho seng joalo, o tla llela ho Jehova ka lebaka la hao ’me u tla be u entse sebe.+

16 Bo-ntate ha baa lokela ho bolaeloa libe tsa bana ba bona le bana ha baa lokela ho bolaeloa libe tsa bo-ntate ba bona.+ Motho e mong le e mong o lokela ho bolaeloa sebe sa hae.+

17 Le se ke la ahlola molichaba kapa khutsana*+ ka mokhoa o se nang toka hape le se ke la nka seaparo sa mohlolohali e le bopaki ba hore o tla patala.*+ 18 Le hopole hore le ne le le makhoba Egepeta ’me Jehova Molimo oa lona o ile a le lopolla teng.+ Ke ka lebaka leo ke le laelang hore le etse sena.

19 Ha u kotula tšimong ea hao ’me u lebetse ngata tšimong, u se ke oa khutla ho ea e nka. E lokela ho salla molichaba, khutsana le mohlolohali+ e le hore Jehova Molimo oa hao a ka u hlohonolofatsa linthong tsohle tseo u li etsang.+

20 Ha u kotula sefate sa hao sa mohloaare, u se ke oa khutlela morao oa e’o se kotula hape. Se setseng se tla salla molichaba, khutsana le mohlolohali.+

21 Ha u bokella morara o serapeng sa hao sa morara, u se ke oa khutla ho ea bokella o setseng. O lokela ho salla molichaba, khutsana le mohlolohali. 22 Le hopole hore le ne le le makhoba naheng ea Egepeta. Ke ka lebaka leo ke le laelang hore le etse sena.

25 Haeba batho ba babeli ba qabana, ba itlhahise ka pel’a baahloli.+ Ba tla ba ahlola ’me ba bolele hore na ke ofe ea se nang molato le hore na ke ofe ea molato.+ 2 Haeba ea molato a lokela ho shapuoa,+ moahloli o tla re a paqame ebe o shapuoa moahloli a ntse a le teng. Makhetlo ao a tla shapuoa ka ’ona a lokela ho lekana le ketso ea hae e khopo. 3 A ka shapuoa ka makhetlo a 40+ empa eseng ho feta moo. Haeba a shapuoa ho feta moo, ngoan’abo lona o tla tlotloleha ka pel’a mahlo a lona.

4 U se ke oa tlama poho molomo ha e pola.+

5 Haeba bara ba motho ba lula motseng o le mong ’me e mong oa bona a shoa a se na mora, mosali oa monna ea shoeleng a se ke a nyaloa ke motho eo eseng oa lelapa. Ngoan’abo monna oa hae o lokela ho ea ho eena, a etse seo a lokelang ho se etsa e leng ho nyala mosali oa ngoan’abo.+ 6 Ngoana oa letsibolo eo mosali eo a tla ba le eena, o tla nkoa e le oa* monna oa hae ea shoeleng+ e le hore lebitso la monna eo le se ke la hlakoloa Iseraele.+

7 Joale haeba monna eo a sa batle ho nyala mosali oa ngoan’abo, mohlolohali eo o lokela ho ea ho banna ba baholo keiting ea motse ’me a re, ‘Ngoan’abo monna oa ka o hanne ho boloka lebitso la ngoan’abo Iseraele. O hanne ho ’nyala.’ 8 Banna ba baholo ba motse oa habo ba mo bitse ’me ba bue le eena. Haeba a phehella a re, ‘Ha ke batle ho mo nyala,’ 9 joale mohlolohali oa ngoan’abo o lokela ho tla ho eena ka pel’a banna ba baholo, a mo rolise seeta,*+ a mo tšoele ka mathe sefahlehong ’me a re, ‘Sena ke se lokelang ho etsoa ho monna ea sa haheng ntlo ea ngoan’abo.’ 10 Ka mor’a moo, lebitso la lelapa la hae* le tla tsebahala Iseraele e le ‘Ntlo ea ea rolisitsoeng seeta.’

11 Haeba banna ba babeli ba loana ’me mosali oa e mong a kenella e le hore a sireletse monna oa hae ebe o tšoara monna eo ka litho tsa botona, 12 le mo khaole letsoho. Le* se ke la mo qenehela.

13 Le se ke la ba le majoe a mabeli a sa lekaneng ka boima ka mekotleng ea lona,+ le leholo le le lenyenyane. 14 Le se ke la e-ba le lijana tse peli tse methang* tse sa lekaneng ka matlung a lona,+ se seholo le se senyenyane. 15 Le lokela ho ba le boima ba ho metha bo nepahetseng le litekanyo tse nepahetseng e le hore le tle le phele nako e telele naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona.+ 16 Motho e mong le e mong ea sa tšepahaleng ea etsang lintho tsena, oa nyonyeha ho Jehova Molimo oa lona.+

17 Le hopole seo Baamaleke ba le entseng sona tseleng ha le ne le tsoa Egepeta+ 18 kamoo ba ileng ba le khahlanyetsa kateng tseleng ’me ba hlasela bohle ba neng ba saletse morao ha le ne le khathetse ’me le tepeletse. Ha baa ka ba tšaba Molimo. 19 Ha Jehova Molimo oa lona a se a le file phomolo lireng tsohle tsa lona ho potoloha naha eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona e le lefa,+ le felise Baamaleke e le hore ba se ke ba hopoloa tlas’a maholimo.+ Le se ke la lebala.

26 Qetellong ha le kena naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona e le lefa ’me le se le lula ho eona, 2 le nke tse ling tsa lihlahisoa* tsohle tsa lona tsa pele tseo le tla li bokella ho tsoa naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, le li tšele basketeng ’me le ee sebakeng seo Jehova Molimo oa lona a khethang hore lebitso la hae le lule ho sona.+ 3 Le ee ho moprista ea tla beng a le teng ka nako eo ’me le re ho eena, ‘Kajeno ke tlalehela Jehova Molimo oa hao hore ke kene naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba rona hore o tla re fa eona.’+

4 Moprista a nke baskete letsohong la hao ’me a e behe ka pel’a aletare ea Jehova Molimo oa hao. 5 Joale u re ka pel’a Jehova Molimo oa hao, ‘Moholo-holo oa ka e ne e le Moarame ea lelerang*+ eaba o theohela Egepeta+ ’me o lula moo e le molichaba, a e-na le ba seng bakae ka tlung ea hae.+ Empa o ile a fetoha sechaba se seholo moo, se matla le se sengata.+ 6 Baegepeta ba ile ba re tšoara hampe, ba re hatella ’me ba re hlorisa joaloka makhoba.+ 7 Kahoo, ra qala ho hoeletsa ho Jehova Molimo oa baholo-holo ba rona ’me Jehova a utloa mantsoe a rona eaba o bona matšoenyeho a rona, mathata a rona le khatello eo re leng ho eona.+ 8 Qetellong Jehova a re ntša Egepeta ka letsoho le matla,+ ka liketso tse tšosang le ka lipontšo le mehlolo.+ 9 Eaba o re tlisa mona ’me o re fa naha ena e phallang lebese le mahe a linotši.+ 10 Joale ke tlisitse lihlahisoa tsa pele tsa naha eo Jehova a mphileng eona.’+

Le li behe ka pel’a Jehova Molimo oa lona ’me le iname ka pel’a Jehova Molimo oa lona. 11 Le tla thaba ka lebaka la sohle se molemo seo Jehova Molimo oa lona a se fileng lona le ba malapa a lona, hammoho le Balevi le balichaba ba har’a lona.+

12 Ha le qetile ho ntša karolo eohle ea leshome+ ea lihlahisoa tsa lona ka selemo sa boraro e leng selemo sa ho ntša karolo ea leshome, le e fe Molevi, molichaba, khutsana* le mohlolohali ’me ba tla ja ba khore ba le ka har’a metse* ea lona.+ 13 Le tla re ho Jehova Molimo oa lona, ‘Ke ntšitse lintho tsena tse halalelang ka tlung ea ka ’me ke li file Molevi, molichaba, khutsana le mohlolohali+ feela joalokaha u ntaetse. Ha kea tlola litaelo tsa hao kapa hona ho se li tsotelle. 14 Ha kea li ja nakong eo ke neng ke utloile bohloko* kapa hona ho tlosa leha e le efe ea tsona ha ke ne ke sa hloeka kapa ka fana ka leha e le efe ea tsona bakeng sa motho ea shoeleng. Ke mametse lentsoe la Jehova Molimo oa ka ’me ke entse lintho tsohle tseo u ntaetseng tsona. 15 Joale sheba tlase u le sebakeng sa hao se halalelang, maholimong ’me u hlohonolofatse sechaba sa hao sa Iseraele le naha eo u re fileng eona+ feela joalokaha u hlapanyelitse baholo-holo ba rona,+ naha e phallang lebese le mahe a linotši.’+

16 Letsatsing lena Jehova Molimo oa lona o le laela hore le phethe melao le liqeto tsena tsa boahloli. Le li boloke ’me le li phethe ka lipelo tsa lona tsohle+ le ka moea* oa lona oohle. 17 Kajeno Jehova o le file kholiseho ea hore e tla ba Molimo oa lona hafeela le tsamaea litseleng tsa hae, le phetha melao ea hae,+ litaelo tsa hae+ le liqeto tsa hae tsa boahloli+ le bile le mamela lentsoe la hae. 18 Kajeno le kholisitse Jehova hore le tla ba sechaba sa hae, thepa ea hae e khethehileng*+ feela joalokaha a le tšepisitse le hore le tla mamela litaelo tsohle tsa hae. 19 Joale o tla le phahamisetsa ka holim’a lichaba tse ling tsohle tseo a li entseng+ feela joalokaha a tšepisitse, a le fe thoriso, botumo le khanya haeba le bontša hore le sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lona.”+

27 Moshe hammoho le banna ba baholo ba Iseraele ba laela sechaba ba re: “Mamelang taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo ke le fang eona kajeno. 2 Letsatsing leo ka lona le tšelang Jordane ho ea naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, le emise majoe a maholo ’me le a lile ka letsopa.*+ 3 Ka mor’a moo, le ngole mantsoe ’ohle a Molao ona holim’a ’ona ha le se le tšetse e le hore le kene naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, naha e phallang lebese le mahe a linotši joalokaha Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona a le tšepisitse.+ 4 Ha le se le tšetse Jordane, le emise majoe ana Thabeng ea Ebale+ ’me le a lile ka letsopa* feela joalokaha ke le laela kajeno. 5 Hape le hahele Jehova Molimo oa lona aletare moo, e be aletare ea majoe. Le se ke la betla majoe ao ka lithulusi tsa tšepe.+ 6 Le hahe aletare ea Jehova Molimo oa lona ka majoe a sa betloang ’me le etsetse Jehova Molimo oa lona linyehelo tsa secheso ho eona. 7 Le nyehele mahlabelo a kopanetsoeng+ ’me lea jelle moo+ ’me le tla thaba ka pel’a Jehova Molimo oa lona.+ 8 Hape le ngole ka ho hlaka mantsoe ’ohle a Molao ona holim’a majoe.”+

9 Eaba Moshe le baprista ba Balevi ba bua le Baiseraele bohle, ba re: “Tholang ’me le mamele lona Baiseraele. Letsatsing lena le fetohile sechaba sa Jehova Molimo oa lona.+ 10 Le mamele lentsoe la Jehova Molimo oa lona ’me le phethe litaelo tsa hae+ le melao ea hae eo ke le laelang eona kajeno.”

11 Letsatsing leo Moshe a laela sechaba a re: 12 “Maloko a latelang a tla ema Thabeng ea Gerizime+ ho hlohonolofatsa sechaba ha le se le tšetse Jordane: Simeone, Levi, Juda, Isakare, Josefa le Benjamine. 13 Ba latelang ke ba tla ema Thabeng ea Ebale+ e le hore ba fane ka thohako: Rubene, Gade, Ashere, Zabulone, Dane le Nefthali. 14 Joale Balevi ba tla bua ka lentsoe le phahameng ho sechaba sohle sa Baiseraele ’me ba re:+

15 ‘Ho rohakoe motho ea etsang setšoantšo+ kapa seemahale sa tšepe*+ ebile a se beha moo ho patehileng e leng ntho e nyonyehang ho Jehova,+ ntho e entsoeng ke setsebi sa mosebetsi oa matsoho.* (Sechaba sohle se tla araba se re, ‘Amen!’*)

16 Ho rohakoe motho ea tellang ntate oa hae kapa ’mè oa hae.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)

17 Ho rohakoe motho ea chechisang letšoao la moeli oa moahisani oa hae.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)

18 Ho rohakoe motho ea etsang hore ea foufetseng a lahleheloe ke tsela.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)

19 Ho rohakoe motho ea etsang hore molichaba, khutsana* kapa mohlolohali+ a se ke a ahloloa ka toka.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)

20 Ho rohakoe motho ea robalang le mosali oa ntate oa hae hobane o tlotlolotse ntate oa hae.*+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)

21 Ho rohakoe motho ea etsang thobalano le phoofolo.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)

22 Ho rohakoe motho ea robalang le khaitseli ea hae ebang ke morali oa ntate oa hae kapa oa ’mè oa hae.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)

23 Ho rohakoe motho ea robalang le matsale oa hae.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)

24 Ho rohakoe motho ea bolaeang moahisani oa hae sephiring.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)

25 Ho rohakoe motho ea amohelang tjotjo e le hore a bolaee motho ea se nang molato.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)

26 Ho rohakoe motho ea sa mameleng mantsoe a Molao ona ebile a sa a phethe.’+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)

28 Haeba le etsa bonnete ba hore le mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lona ka hore le mamele litaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, ka sebele Jehova Molimo oa lona o tla etsa hore le phahamele lichaba tse ling tsohle tsa lefatše.+ 2 Kaha le ntse le mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lona, le tla fumana litlhohonolofatso tsena tse ngata:+

3 Le tla hlohonolofatsoa metseng ea lona ’me le hlohonolofatsoe le masimong a lona.+

4 Le tla hlohonolofatsoa ka bana ba bangata,+ ka liphoofolo tse ngata+ le masimo a lona a hlahise lijo tse ngata.

5 Le tla hlohonolofatsoa ka hore libaskete tsa lona li tlale+ le ka hore likotlolo tsa lona tseo le lubelang ho tsona li tlale.+

6 Le tla atleha nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang.

7 Jehova o tla etsa hore le hlole lira tsa lona tse le loantšang.+ Li tla le hlasela li hlaha lehlakoreng le le leng empa li tla le baleha ka mahlakore a supileng a fapaneng.+ 8 Jehova o tla hlohonolofatsa matlo a lona a polokelo*+ le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang ’me le tla hlohonolofatsoa naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona. 9 Jehova o tla le etsa sechaba sa hae se halalelang+ feela joalokaha a ile a ikana ho lona+ hobane le mamela litaelo tsa Jehova Molimo oa lona ’me le tsamaea litseleng tsa hae. 10 Lichaba tsohle tsa lefatše li tla bona hore le bitsoa ka lebitso la Jehova+ ’me li tla le tšaba.+

11 Jehova o tla etsa hore le be le bana ba bangata, mehlape e mengata le hore masimo a lona a hlahise lijo tse ngata+ naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba lona hore o tla le fa eona.+ 12 Jehova o tla le bulela ntlo ea hae e tletseng ea polokelo e leng maholimo, ho fa naha ea lona pula ka nako ea eona+ le ho hlohonolofatsa lintho tsohle tseo le li etsang. Le tla alima lichaba tse ngata chelete ea lona le hoja ho ke ke ha hlokahala hore le alime letho ho tsona.+ 13 Haeba le mamela litaelo tsa Jehova Molimo oa lona tseo ke le laelang tsona kajeno ebile le li boloka, Jehova o tla etsa hore le phahamele batho ba bang ’me a ke ke a lumella hore ba le hatelle. Le tla ba phahamela+ ’me le ke ke la ba ka tlase ho bona. 14 Le se ke la kheloha mantsoe ’ohle ao ke le laelang ’ona kajeno ’me la ea ka ho le letona kapa le letšehali,+ ka ho latela melimo e meng e le hore le e sebeletse.+

15 Empa haeba le sa mamele lentsoe la Jehova Molimo oa lona ka hore le phethe litaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, likotlo tsena tsohle li tla le tlela ’me lintho tsena tsohle tse mpe li tla le hlahela:+

16 Le ke ke la atleha metseng ea lona ’me le masimo a lona a ke ke a hlahisa lijo.+

17 Libaskete tsa lona le likotlolo tseo le lubelang ho tsona li ke ke tsa e-ba le lijo.+

18 Le ke ke la ba le bana*+ ’me masimo a lona a ke ke a hlahisa lijo le mehlape ea lona e ke ke ea tsoala manamane le likonyana.+

19 Le ke ke la atleha nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang.

20 Jehova a ke ke a atlehisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang ’me le tla fuoa kotlo ho fihlela le felisoa ka potlako ka lebaka la liketso tsa lona tse mpe le kahobane le ntahlile.+ 21 Jehova o tla etsa hore le be le boloetse bo sa feleng ho fihlela a le felisitse naheng eo le eang ho e nka hore e be ea lona.+ 22 Jehova o tla le otla ka lefuba, feberu,+ ho ruruha, mocheso oa feberu, sabole,+ komello le phori*+ ’me li tla le lelekisa ho fihlela le felisitsoe. 23 Ke tla koala maholimo e le hore pula e se ke ea na* ’me ke etse hore lefatše le se ke la hlahisa lijo.*+ 24 Jehova o tla etsa hore pula ea naha ea lona e be mobu le lerole ’me li tla theoha ho tsoa maholimong ho fihlela le felisitsoe. 25 Jehova o tla etsa hore lira tsa lona li le hlole.+ Le tla li hlasela le hlaha lehlakoreng le le leng empa le tla li baleha ka mahlakore a supileng a fapaneng. Mebuso eohle ea lefatše+ e tla tšoha ha e bona lintho tsohle tse mpe tse le hlahelang. 26 Litopo tsa lona e tla ba lijo tsa linonyana tsohle tsa leholimo le liphoofolo tsohle tsa naha ’me ha ho motho ea tla li leleka.+

27 Jehova o tla le otla ka mathopa a Egepeta, ho ruruha ha methapo ea ka morao, boloetse ba letlalo le makhopho a masesaane ’me li ke ke tsa fola. 28 Jehova o tla le otla ka bohlanya, bofofu+ le ho ferekana.* 29 Le tla phopholetsa har’a motšehare feela joalokaha motho ea foufetseng a phopholetsa lefifing+ ’me le ke ke la atleha nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang. Le tla lula le etsetsoa bolotsana ebile le nkeloa lintho, ho se ea le pholosang.+ 30 Le tla lebeletsa basali empa banna ba bang ba tla ba beta. Le tla haha matlo empa le ke ke la lula ho ’ona.+ Le tla lema morara empa le ke ke la o ja.+ 31 Lipoho tsa lona li tla hlajoa ka pel’a mahlo a lona empa le ke ke la li ja. Litonki tsa lona li tla utsuoa le ntse le shebile empa li ke ke tsa khutlela ho lona. Linku tsa lona li tla fuoa lira tsa lona empa ho ke ke ha e-ba le motho ea le pholosang. 32 Bara le barali ba lona ba tla fuoa batho ba bang+ le ntse le shebile ’me le tla lula le ba hloloheloa empa le ke ke la khona ho etsa letho. 33 Litholoana tsa naha ea lona le lijo tsohle tsa lona li tla jeoa ke batho bao le sa ba tsebeng+ ’me le tla lula le etsetsoa bolotsana le bile le hlorisoa. 34 Le tla hlantšoa ke seo mahlo a lona a se bonang.

35 Jehova o tla le otla ka mathopa a bohloko le a sa foleng mangoleng le maotong, ho tloha ka tlas’a leoto ho ea har’a hlooho. 36 Lona hammoho le morena eo le mo khethileng, Jehova o tla le lelekela sechabeng seo lona le baholo-holo ba lona le sa kang la se tseba+ ’me moo le tla sebeletsa melimo e meng e leng melimo e entsoeng ka patsi le lejoe.+ 37 Ha le fihla libakeng tseo Jehova a le leleketseng ho tsona,+ batho ba moo ba tla le makalla ’me ba le tšehe ka lebaka la lintho tse le etsahalletseng.

38 Le tla jala peo e ngata tšimong empa le ke ke la kotula lijalo tse ngata+ hobane litsie li tla li ja. 39 Le tla lema morara ’me le o hlaolele empa le ke ke la noa veine ea oona kapa la o kotula+ hobane liboko li tla o ja. 40 Le tla ba le lifate tsa mohloaare naheng eohle ea lona empa le ke ke la itlotsa ka oli ea tsona hobane li tla hlohloreha. 41 Le tla tsoala bara le barali empa ba ke ke ba lula e le ba lona hobane ba tla ea botlamuoeng.+ 42 Likokoanyana tse ngata* li tla ja lifate le litholoana tsohle tsa lona. 43 Balichaba ba lulang har’a lona ba tla ba matla ho le feta ’me lona le tla fokola le ho feta. 44 Lichaba li tla le alima lintho tseo li nang le tsona empa le ke ke la li alima letho.+ Li tla le phahamela ’me lona le tla ba ka tlas’a tsona.+

45 Le tla tleloa ke likotlo tsena tsohle+ ho fihlela le felisitsoe+ hobane ha lea ka la mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lona le litaelo tseo a le laetseng tsona.+ 46 Li tla tlela lona le bana ba lona e le pontšo le temoso ka ho sa feleng+ 47 hobane ha lea ka la sebeletsa Jehova Molimo oa lona ka pelo e thabileng ha le ne le e-na le lintho tse ngata.+ 48 Jehova o tla romela lira ho lona ’me le tla li sebeletsa+ le ntse le lapile,+ le nyoriloe, le se na liaparo ebile le se na letho. O tla beha joko ea tšepe melaleng ea lona ho fihlela a le felisitse.

49 Jehova o tla romela sechaba se tsoang hole,+ se tsoang qetellong ea lefatše hore se le hlasele, se tla le fofela joaloka ntsu,+ sechaba seo le ke keng la utloisisa puo ea sona,+ 50 sechaba se bohale se ke keng sa qenehela motho ea tsofetseng kapa e mocha.+ 51 Se tla ja mehlape ea lona le litholoana tsa naha ea lona ho fihlela le felisitsoe. Se ke ke sa le siela lijo, veine e ncha kapa oli, manamane kapa likonyana ho fihlela se le felisitse.+ 52 Se tla le thibella, se le koalle ka har’a metse* ea lona naheng ea lona ho fihlela marako a lona a phahameng a le sirelelitseng a oa. Se tla le thibella ka har’a metse ea lona eo Jehova Molimo oa lona a le fileng eona.+ 53 Kaha le tla be le thibeletsoe ebile le hateletsoe ke lira tsa lona, le tla lokela ho ja bana* ba lona e leng bara le barali ba lona+ bao Jehova Molimo oa lona a le fileng bona.

54 Esita le monna ea bonolo le ea phelang hamonate har’a lona a ke ke a qenehela ngoan’abo, mosali oa hae ea ratehang kapa bara ba hae ba setseng. 55 A ke ke a ba arolela nama ea bara ba hae eo a tla e ja hobane ha aa salloa ke letho ka lebaka la ho thibelloa ka thata le khatello eo lira tsa lona li le tlisetsang eona ka har’a metse ea lona.+ 56 Mosali ea bonolo le ea phelang hamonate har’a lona ea neng a ke ke a nahana ho beha leoto la hae fatše hobane a phela hamonate,+ a ke ke a qenehela monna oa hae ea ratehang, mora kapa morali oa hae, 57 esita le thari e tsoang pakeng tsa maoto a hae le bara ba hae bao a ba tsoalang hobane o tla ba jella sephiring ka lebaka la ho thibelloa ka thata le khatello eo lira tsa lona li le tlisetsang eona ka har’a metse ea lona.

58 Haeba le sa mamele mantsoe ’ohle a Molao ona a ngotsoeng bukeng ena+ ’me le sa hlomphe lebitso lena le khanyang le le hlomphehang+ la Jehova+ Molimo oa lona, 59 Jehova o tla tlisetsa lona le bana ba lona likotlo tse bohloko e leng likotlo tse boima le tse sa feleng+ le maloetse a bohloko a sa foleng. 60 O tla le tlisetsa maloetse ’ohle a Egepeta ao le neng le a tšaba ’me le ke ke la fola. 61 Hape, Jehova o tla le tlisetsa maloetse ’ohle kapa likotlo tse sa ngoloang bukeng ena ea Molao ho fihlela le felisitsoe. 62 Le hoja le le bangata joaloka linaleli tsa maholimo,+ ho tla sala feela palo e fokolang ea lona+ hobane ha lea ka la mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lona.

63 Feela joalokaha Jehova a ne a thabela ho le hlohonolofatsa le ho le atisa, ka ho tšoanang Jehova o tla thabela ho le felisa ’me le tla tlosoa naheng eo le eang ho e nka hore e be ea lona.

64 Jehova o tla le hasanya har’a lichaba tsohle, ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho ea pheletsong e ’ngoe ea lefatše+ ’me moo le tla lokela ho sebeletsa melimo e entsoeng ka patsi le lejoe, eo lona kapa baholo-holo ba lona ba sa kang ba e tseba.+ 65 Le ke ke la e-ba le khotso har’a lichaba tseo+ kapa la e-ba le sebaka sa bolulo. Ho e-na le hoo, Jehova o tla etsa hore le tšoenyehe,+ mahlo a lona a fifale le be le nyahame.+ 66 Bophelo ba lona bo tla ba kotsing ’me le tla lula le tšohile bosiu le motšehare. Le ke ke la tseba hore na le tla pholoha kapa che. 67 Hoseng le tla re, ‘Hoja ebe ke mantsiboea!’ ’me mantsiboea le tla re, ‘Hoja ebe ke hoseng!’ ka lebaka la ho tšoha le ka lebaka la seo mahlo a lona a tla se bona. 68 Jehova o tla le khutlisetsa Egepeta ka sekepe, ka tsela eo ke itseng ha le sa tla hlola le e bona ’me moo le tla lokela ho ithekisa ho lira tsa lona hore le be makhoba a banna le a basali empa ho ke ke ha e-ba le motho ea le rekang.”

29 Ana ke mantsoe a selekane seo Jehova a laetseng Moshe hore a se etse le sechaba sa Iseraele naheng ea Moabe, ho ekelletsa ho selekane seo a se entseng le bona Horebe.+

2 Moshe a bitsa Baiseraele bohle eaba o re ho bona: “Le bone lintho tsohle tseo Jehova a li entseng ka pel’a lona naheng ea Egepeta ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae le ho naha eohle ea hae,+ 3 likotlo* tseo le li boneng, lipontšo tse kholo le mehlolo.+ 4 Empa Jehova ha aa le fa matla a ho utloisisa,* mahlo a bonang le litsebe tse utloang ho fihlela letsatsing lena.+ 5 ‘Ha ke ntse ke le tataisa ka lilemo tse 40 lefeelleng,+ liaparo tsa lona ha lia ka tsa taboha le lieta* tsa lona ha lia ka tsa fela.+ 6 Ha lea ka la ja bohobe ’me ha lea ka la noa veine kapa lino tse ling tse tahang e le hore le ka tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lona.’ 7 Qetellong le ile la fihla sebakeng sena eaba Sihone morena oa Heshbone+ le Oge morena oa Bashane+ ba a re futuhela empa ra ba hlola.+ 8 Ka mor’a moo, ra nka naha ea bona ’me ra e fa Barubene, Bagade le halofo ea moloko oa Bamanase+ e le lefa. 9 Kahoo, le mamele mantsoe a selekane sena ’me le a phethe e le hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang e le tsamaele hantle.+

10 Kajeno kaofela ha lona le eme ka pel’a Jehova Molimo oa lona, lona le lihlooho tsa meloko ea lona, banna ba baholo ba lona, balaoli ba lona, monna e mong le e mong oa Iseraele, 11 bana ba lona, basali ba lona+ le balichaba+ ba lulang har’a lona, ho tloha ho ea le roallelang patsi ho ea ho ea le khellang metsi. 12 Le tlile mona e le hore le etse kano ea ho kena selekaneng sa Jehova Molimo oa lona, selekane seo Jehova Molimo oa lona a se etsang le lona kajeno+ 13 e le hore a ka tiisa kajeno hore le sechaba sa hae+ le hore e ka ba Molimo oa lona+ feela joalokaha a le tšepisitse le feela joalokaha a hlapanyelitse baholo-holo ba lona e leng Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+

14 Ha ke etse kano ea ho kena selekaneng sena le lona feela 15 empa ke e etsa le ba emeng le rona mona kajeno ka pel’a Jehova Molimo oa rona le ba sieo ho rona mona kajeno. 16 (Kaha le tseba hantle kamoo re neng re phela kateng naheng ea Egepeta le kamoo re ileng ra feta har’a lichaba tse ngata kateng ha re ne re le tseleng.+ 17 Le ne le tloaetse ho bona lintho tsa tsona tse nyonyehang e leng litšoantšo tsa tsona tse rapeloang tse nyonyehang*+ tse entsoeng ka patsi le lejoe, silevera le khauta, tseo li neng li le har’a tsona.) 18 Le hlokomele hore kajeno ho se ke ha e-ba le lelapa kapa leloko, monna kapa mosali har’a lona eo pelo ea hae e furallang Jehova Molimo oa rona ho sebeletsa melimo ea lichaba tseo+ e le hore ho se ke ha e-ba le motso har’a lona o behang litholoana tse chefo le lengana.+

19 Empa haeba motho e mong a utloa mantsoe a kano ena ’me a ithorisa ka pelong ea hae a re, ‘Ha ho na letho le tla nketsahalla leha nka tsoela pele ke phela ka tsela eo ke e batlang’ ’me seo se etsa hore motho e mong le e mong* ea haufi le eena a bolaoe, 20 Jehova a ke ke a tšoarela+ motho eo. Ho e-na le hoo, Jehova o tla mo halefela haholo ’me o tla tleloa ke likotlo tsohle tse ngotsoeng ka bukeng ena+ ’me ka sebele Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlas’a maholimo. 21 Jehova o tla mo khetholla melokong eohle ea Iseraele e le hore a fumane kotlo ho latela likotlo tsohle tse ngotsoeng bukeng ena ea Molao.

22 Ha moloko o tlang oa bara ba lona le balichaba ba tsoang naheng e hole ba bona likotlo tsa naha le maloetse ao Jehova a a tlisitseng naheng, 23 ba bona naha eohle e felisoa ka sebabole, letsoai le mollo ebile e sa jaloa kapa e sa beha kapa ho se na limela leha e le life tse melang ho eona, hoo e shebahalang joaloka Sodoma le Gomora,+ Adma le Zeboime+ tseo Jehova a ileng a li felisa ka bohale ba hae, 24 bona le lichaba tsohle ba tla re, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a entse naha ee tjee?+ Ke’ng e entseng hore a halefe hakana?’ 25 Joale ba tla re, ‘Ke hobane ba tlohetse selekane sa Jehova,+ Molimo oa baholo-holo ba bona, seo a se entseng le bona ha a ba ntša naheng ea Egepeta.+ 26 Empa ba ile ba tsamaea ’me ba sebeletsa melimo e meng, ba e inamela, melimo eo ba sa kang ba e tseba le eo a neng a sa ba lumella hore ba e rapele.*+ 27 Joale Jehova a halefela naha eo ka ho e tlisetsa likotlo tsohle tse ngotsoeng bukeng ena.+ 28 Kahoo, Jehova a ba tlosa naheng ea bona ka bohale+ ’me a ba isa naheng e ’ngoe, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno.’+

29 Lintho tse patiloeng ke tsa Jehova Molimo oa rona+ empa lintho tse senotsoeng ke tsa rona le bana ba rona ka ho sa feleng e le hore re ka phetha mantsoe ’ohle a Molao ona.+

30 Ha mantsoe ana ’ohle a phethahala ho lona e leng tlhohonolofatso le bomalimabe tseo ke li behileng ka pel’a lona+ ’me le ikhopotsa*+ ’ona le le har’a lichaba tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona+ 2 ’me le khutlela ho Jehova Molimo oa lona+ ebile lona le bara ba lona le mamela lentsoe la hae ho ea ka sohle seo ke le laelang sona kajeno, ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle,+ 3 Jehova Molimo oa lona o tla le lata botlamuoeng+ a le bontše mohau+ ’me a boele a le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona.+ 4 Le haeba batho ba habo lona ba hasantsoe ho ea fihla qetellong ea lefatše, Jehova Molimo oa lona o tla le bokella ’me a le khutlise.+ 5 Jehova Molimo oa lona o tla le tlisa naheng eo bo-ntate ba lona ba ileng ba e nka ’me o tla etsa hore le atlehe a be a le atise ho feta bo-ntate ba lona.+ 6 Jehova Molimo oa lona o tla hloekisa* lipelo tsa lona le lipelo tsa litloholo tsa lona+ e le hore le rate Jehova Molimo oa lona ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle ’me le phele.+ 7 Jehova Molimo oa lona o tla tlisa bomalimabe bona bohle ho lira tsa lona, tse neng li le hloile ebile li le hlorisa.+

8 Le tla khutla ’me le mamele lentsoe la Jehova le be le phethe litaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno. 9 Jehova Molimo oa lona o tla le atlehisa haholo mosebetsing o mong le o mong oo le u etsang,+ a atise bana ba lona, mehlape ea lona le lihlahisoa tsa lona hobane Jehova o tla boela a thabele ho le atlehisa, feela joalokaha a ile a thabela ho atlehisa baholo-holo ba lona.+ 10 Le tla mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lona ’me le boloke litaelo tsa hae tse ngotsoeng bukeng ena ea Molao ’me le tla khutlela ho Jehova Molimo oa lona ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle.+

11 Taelo ena eo ke le laelang eona kajeno ha e thata haholo hore le ka e utloisisa kapa la e phetha.*+ 12 Ha e maholimong hoo le ka reng, ‘Ke mang ea tla nyolohela maholimong hore a re latele eona e le hore re ka e utloa ’me ra e phetha?’+ 13 Leha e le hore e ka lehlakoreng le leng la leoatle, hoo le ka reng, ‘Ke mang ea tla tšelela ka lehlakoreng le leng la leoatle ’me a re latele eona e le hore re ka e utloa ’me ra e phetha?’ 14 Kaha lentsoe leo le haufi haholo le lona, le melomong ea lona ’me le ka lipelong tsa lona+ e le hore le ka le phetha.+

15 Bonang, kajeno ke beha ka pel’a lona bophelo le tlhohonolofatso, lefu le bobe.+ 16 Haeba le mamela litaelo tsa Jehova Molimo oa lona tseo ke le laelang tsona kajeno, ka ho rata Jehova Molimo oa lona,+ ka ho tsamaea litseleng tsa hae le ka ho boloka litaelo tsa hae le liqeto tsa hae tsa boahloli, le tla phela+ le ngatafale ’me Jehova Molimo oa lona o tla le hlohonolofatsa naheng eo le eang ho e nka.+

17 Empa haeba lipelo tsa lona li kheloha,+ le sa mamele ’me le susumetsoa hore le inamele melimo e meng le ho e sebeletsa,+ 18 kajeno kea le bolella hore ka sebele le tla shoa.+ Le ke ke la phela nako e telele naheng eo le tšelang Jordane ho ea e nka hore e be ea lona. 19 Kajeno ke nka maholimo le lefatše e le lipaki tsa lona hore ke behile bophelo le lefu ka pel’a lona, tlhohonolofatso le bomalimabe,+ le khethe bophelo e le hore lona le bana ba lona+ le phele+ 20 ka hore le rate Jehova Molimo oa lona,+ le mamele lentsoe la hae, le mo khomarele+ hobane ke eena ea le fang bophelo ’me ka eena, le tla phela nako e telele naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba lona hore o tla ba fa eona e leng Abrahama, Isaka le Jakobo.”+

31 Joale Moshe a tsoa ’me a bolella Baiseraele bohle mantsoe ana, 2 a re ho bona: “Kajeno ke lilemo li 120.+ Ha ke sa tla hlola ke le etella pele* hobane Jehova o itse ho ’na, ‘U ke ke oa tšela Jordane ena.’+ 3 Jehova Molimo oa lona ke eena ea tšelang pele ho lona, o tla felisa lichaba tsena ka pel’a lona ’me le tla li leleka.+ Joshua ke eena ea tla le etella pele hore le tšele+ feela joalokaha Jehova a buile. 4 Jehova o tla li felisa feela joalokaha a felisitse Sihone+ le Oge+ e leng marena a Baamore le naha ea bona.+ 5 Jehova o tla etsa hore le li hlole ’me le li etse ho ea ka litaelo tsohle tseo ke le fileng tsona.+ 6 Le be sebete ’me le be matla.+ Le se ke la tšoha kapa la haroha matsoalo ka pel’a tsona+ hobane Jehova Molimo oa lona ke eena ea tsamaeang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le tlohela.”+

7 Joale Moshe a bitsa Joshua ’me a re ho eena ka pel’a Baiseraele bohle: “U be sebete ’me u be matla+ hobane ke uena ea tla kenya sechaba sena naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba sona hore o tla se fa eona ’me uena u tla se fa eona e le lefa.+ 8 Jehova ke eena ea tsamaeang ka pel’a lona ’me o tla lula a e-na le lona.+ A ke ke a le lahla kapa a le tlohela. Le se ke la tšoha kapa la thothomela.”+

9 Moshe a ngola Molao ona+ ’me a o fa baprista ba Balevi ba jarang areka ea selekane sa Jehova le banna bohle ba baholo ba Iseraele. 10 Moshe a ba laela a re: “Ha selemo se seng le se seng sa bosupa se fela, ka nako e behiloeng ea selemo sa tokollo,+ nakong ea Mokete oa Maphephe,*+ 11 ha Baiseraele bohle ba tla ka pel’a Jehova+ Molimo oa lona sebakeng seo a se khethang, le ba balle Molao ona e le hore ba o utloe.+ 12 Bokellang sechaba,+ banna, basali, bana* le balichaba ba lulang metseng* ea lona e le hore ba mamele ’me ba ithute ka Jehova Molimo oa lona le ho mo tšaba le hore ba phethe mantsoe ’ohle a Molao ona. 13 Joale bara ba bona ba sa kang ba tseba Molao ona, ba tla mamela+ ’me ba ithute ho tšaba Jehova Molimo oa lona ka matsatsi ’ohle ao ka ’ona le tla lula naheng eo le tšelang Jordane ho ea e nka.”+

14 Eaba Jehova o re ho Moshe: “Nako ea hore u shoe e atametse.+ Bitsa Joshua ’me le ee tenteng ea pokano e le hore ke mo khethe hore e be moeta-pele.”+ Kahoo, Moshe le Joshua ba tsamaea ’me ba ea tenteng ea pokano. 15 Jehova a hlaha tenteng ka leru* ’me leru la ema pel’a monyako oa tente.+

16 Jehova a re ho Moshe: “U haufi le ho shoa.* Sechaba sena se ke ke sa ntšepahalla ebile se tla rapela melimo ea naha eo se eang ho eona.+ Se tla mphuralla+ ’me se tlole selekane sa ka seo ke se entseng le sona.+ 17 Ka nako eo, ke tla se halefela haholo+ ’me ke se lahle,+ ke se patele sefahleho sa ka+ ho fihlela se felisitsoe. Ka mor’a hore se hlaheloe ke litlokotsi tse ngata le mathata,+ se tla re, ‘Na ha re hlaheloe ke mathata aa hobane Molimo oa rona a se har’a rona?’+ 18 Empa letsatsing leo, ke tla pata sefahleho sa ka ka lebaka la bobe bohle boo se bo entseng ka hore se rapele melimo e meng.+

19 Ingolleng pina ena+ ’me le e rute Baiseraele.+ Ba ithute eona* e le hore e ka ba bopaki ba ka khahlanong le sechaba sa Iseraele.+ 20 Ha ke ba tlisa naheng eo ke hlapanyelitseng baholo-holo ba bona hore ke tla ba fa eona,+ e phallang lebese le mahe a linotši,+ ba jele ba khotsofetse ’me ba atlehile,*+ ba tla sebeletsa melimo e meng ’me ba ke ke ba ntlhompha ebile ba tla tlola selekane sa ka.+ 21 Ha ba hlaheloa ke litlokotsi tse ngata le mathata,+ pina ena e tla ba bopaki ho bona (kaha bana ba bona ha baa lokela ho e lebala) hobane ke se ke ntse ke tseba hore na ba batla ho etsa’ng+ le pele ke ba tlisa naheng eo ke hlapantseng hore ke tla ba fa eona.”

22 Joale Moshe a ngola pina ena letsatsing leo eaba o e ruta Baiseraele.

23 Molimo a laela Joshua+ mora oa Nune a re: “U be sebete ’me u be matla+ hobane ke uena ea tla kenya Baiseraele naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba fa eona+ ’me ke tla lula ke e-na le uena.”

24 Hang ha Moshe a qetile ho ngola mantsoe ’ohle a Molao ona bukeng,+ 25 Moshe a laela Balevi ba jarang areka ea selekane ea Jehova a re: 26 “Nkang buka ena ea Molao+ le e behe lehlakoreng la areka+ ea selekane sa Jehova Molimo oa lona ’me e tla ba bopaki khahlanong le lona. 27 Ke tseba hantle borabele ba lona+ le kamoo le leng manganga* kateng.+ Haeba le fetohetse Jehova ke ntse ke phela, le tla mo fetohela le ho feta ka mor’a lefu la ka. 28 Mpitsetseng banna bohle ba baholo ba meloko ea lona le balaoli ba lona, ke bue mantsoe ana moo ba ntseng ba utloa ’me maholimo le lefatše e tla ba lipaki.+ 29 Ke tseba hantle hore ka mor’a lefu la ka le tla etsa bobe+ ’me le ke ke la mamela litaelo tseo ke le fileng tsona. Le tla tleloa ke tlokotsi+ nakong e tlang hobane le tla etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ’me le tla mo siteloa ka liketso tsa lona.”

30 Eaba Moshe o bua mantsoe a pina ena ho tloha qalong ho fihlela qetellong moo Baiseraele bohle ba ntseng ba utloa:+

32 “Mamelang lona maholimo ’me ke tla bua,

Lefatše le ke le utloe mantsoe a tsoang molomong oa ka.

 2 Taeo ea ka e tla na joaloka pula,

Mantsoe a ka a tla rotha joaloka phoka

Joaloka pula ea melupe holim’a joang

Le joaloka pula e nang haholo holim’a limela.

 3 Ke tla bolela lebitso la Jehova.+

Buang ka boholo ba Molimo oa rona!+

 4 Ke Lefika, lintho tsohle tseo a li etsang li phethahetse+

Hobane litsela tsohle tsa hae li na le toka.+

Ke Molimo ea tšepahalang+ le ea se nang leeme,+

O lokile ’me oa hlompheha.+

 5 Ke bona ba entseng bobe.+

Ha se bana ba hae ’me ke molato oa bona.+

Ke moloko o sa lokang le o khopo!+

 6 Na le lokela ho tšoara Jehova ka tsela ee,+

Lona batho ba se nang kelello le ba seng bohlale?+

Na ha se eena Ntate oa lona ea le bopileng,+

Ea le entseng sechaba se tiileng?

 7 Hopolang matsatsi a khale,

Hopolang se etsahalletseng meloko e fetileng.

Botsang ntate oa lona ’me a ka le bolella,+

Le botse banna ba baholo ba lona ’me ba tla le bolella.

 8 Ha Ea Phahameng ka ho Fetisisa a ne a fa lichaba lefa la tsona,+

Ha a ne a arola bara ba Adama,*+

O ile a behela lichaba moeli+

Ho ea ka hore na bara ba Iseraele ba bakae ka palo.+

 9 Sechaba ke sa Jehova,+

Jakobo ke lefa la hae.+

10 O mo fumane lefeelleng+

Le lehoatateng le feela, le se nang letho.+

A mo sireletsa ka hore a mo pota-pote, a mo hlokomela,+

Le ho mo sireletsa joaloka thaka ea leihlo la hae.+

11 Feela joalokaha ntsu e ruta malinyane a eona ho fofa,

E fofa-fofa holim’a ’ona,

E emisa mapheo a eona, e nka malinyane a eona,

E a jara ka masiba a eona,+

12 Ke Jehova feela ea neng a mo* tataisa,+

Ho ne ho se molimo e mong ea neng a e-na le eena.+

13 O ile a etsa hore a laole libaka tse phahameng lefatšeng,+

Hoo a ileng a ja lijo tsa naha.+

O ne a mo fepa mahe a linotši a tsoang lefikeng

Le oli e tsoang lefikeng le thata,

14 Botoro e tsoang lebeseng la mohlape oa likhomo le lebese le tsoang mohlapeng oa linku le lipoli

Hammoho le linku tse ntle ka ho fetisisa,*

Le liramo tsa Bashane le lipoli tse tona

Hammoho le koro e ntle ka ho fetisisa+

’Me o ile oa noa veine ea morara o tutsoeng.*

15 Ha Jeshurune* a nona, o ile a fetohela mong’a hae ’me a mo raha.

O nonne, o motenya ebile o pipitletsoe.*+

Kahoo, a lahla Molimo ea mo entseng+

A hloea Lefika la poloko ea hae.

16 Ba ile ba mo halefisa ka melimo e meng,+

Ba ne ba mo utloisa bohloko ka ho etsa lintho tse nyonyehang.+

17 Ba ne ba etsetsa bademona mahlabelo, eseng Molimo,+

Melimo eo ba sa kang ba e tseba,

E mecha e sa tsoa hlaha,

Melimo eo baholo-holo ba lona ba neng ba sa e tsebe.

18 Le lebetse Lefika le ileng la le tsoala+

’Me ha lea ka la hopola Molimo ea ileng a le fa bophelo.+

19 Ha Jehova a bona seo, o ile a ba lahla+

Hobane bara le barali ba hae ba ile ba mo halefisa.

20 Eaba o re, ‘Ke tla ba patela sefahleho sa ka,+

Ke tla bona hore na ho tla etsahala’ng ka bona.

Kaha ke moloko o mobe,+

Bara ba sa tšepahaleng.+

21 Ba nkhalefisitse* ka ntho eo eseng molimo,+

Ba nkutloisitse bohloko ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse se nang thuso.+

Kahoo, ke tla etsa hore ba halefele batho bao eseng sechaba,+

Ke tla ba khopisa ka sechaba se se nang kelello.+

22 Khalefo ea ka e tsositse mollo+

O tla tuka ho fihlela botebong ba Lebitla*+

O tla chesa lefatše le lihlahisoa tsa lona

O tla chesa metheo ea lithaba.

23 Ke tla eketsa litlokotsi tsa bona,

Metsu ea ka e tla fella holim’a bona.

24 Ba tla khathatsoa ke tlala+

Ba qetoe matla ke feberu e chesang ’me ba felisoe habohloko.+

Ke tla romela meno a liphoofolo ho bona+

Le chefo ea lihahabi tsa lefatše.

25 Ka ntle, sabole e tla ba amoha bana,+

Ka hare ke tšabo,+

Ho mohlankana le moroetsana,

Lesea hammoho le motho ea moriri o moputsoa.+

26 Nka be ke itse: “Ke tla ba hasanya,

Ke tla etsa hore batho ba ba lebale,”

27 Hoja ebe ke ne ke sa tšabe hore na sera sa ka se tla re’ng+

Hobane bahanyetsi ba ka utloisisa sena ka tsela e fosahetseng.+

Ba ka ’na ba re: “Re hlotse ka matla a rona,+

Ha se Jehova ea entseng sena sohle.”

28 Kaha ke sechaba se se nang kelello*

’Me ha se utloisise letho.+

29 Haeba ba ne ba le bohlale,+ ba ne ba tla nahanisisa ka sena.+

Ba ne ba tla nahana ka se tla ba etsahalla.+

30 Ke joang motho a le mong a ka lelekisang ba 1 000

’Me ba babeli ba balehisa ba 10 000?+

Ntle le haeba Lefika la bona le ba rekisitse+

’Me Jehova a nehelane ka bona.

31 Kaha lefika la bona ha le tšoane le Lefika la rona,+

Esita le lira tsa rona li utloisisa sena.+

32 Hobane sefate sa bona sa morara se tsoa sefateng sa morara sa Sodoma

Le masimong a Gomora.+

Merara ea bona ke merara e chefo,

Masihla a eona aa baba.+

33 Veine ea bona ke chefo ea linoha

Chefo e bolaeang ea bo-masumu.

34 Boitšoaro ba bona bo koalletsoe,

Bo bolokiloe ka hloko ka tlung ea ka ea polokelo?+

35 Phetetso ke ea ka le kotlo ke ea ka,+

Ka nako e behiloeng ha maoto a bona a thella+

Hobane letsatsi la koluoa ea bona le haufi

’Me se ba emetseng se tla tla ka potlako.’

36 Kaha Jehova o tla ahlola batho ba hae+

’Me o tla utloela bahlanka ba hae bohloko*+

Ha a bona hore ha ba sa na matla

’Me ho setse feela ba hlokang thuso le ba fokolloang ke matla.

37 Joale o tla re, ‘Melimo ea bona e hokae,+

Lefika leo ba batlileng setšabelo ho lona,

38 E neng e ja mafura a mahlabelo* a bona,

E noa veine ea linyehelo tsa bona tsa lino?+

E ke e eme ’me e le thuse.

E ke e be setšabelo sa lona.

39 Ke ’na Molimo+

’Me ha ho melimo e meng ntle le ’na.+

Kea bolaea ebile kea phelisa.+

Ke ntša maqeba+ ’me ke tla folisa.+

Ha ho na ea ka pholosang ba bang letsohong la ka.+

40 Kaha ke phahamisetsa letsoho la ka leholimong,

“Ke hlapanya ka bophelo ba ka bo sa feleng,”+

41 Haeba ke leotsa sabole ea ka e benyang

’Me ke itokisetsa ho ahlola,+

Ke tla iphetetsa ho bahanyetsi ba ka+

’Me ke otle ba ntlhoileng.

42 Ke tla etsa hore metsu ea ka e tahoe ke mali

’Me sabole ea ka e tla ja nama

Le mali a ba bolailoeng le a batlamuoa

Le lihlooho tsa baeta-pele ba sera.’

43 Thabang lona lichaba hammoho le batho ba hae+

Hobane o tla pheteletsa mali a bahlanka ba hae,+

O tla iphetetsa ho bahanyetsi ba hae,+

O tla etsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe* naheng ea batho ba hae.”

44 Kahoo, Moshe a tla ’me a bua mantsoe ’ohle a pina ena moo sechaba se ntseng se mo utloa+ hammoho le Hoshea*+ mora oa Nune. 45 Ha Moshe a se a boleletse Baiseraele bohle mantsoe ana ’ohle, 46 a re ho bona: “Mamelang mantsoe ana ’ohle ao ke a buang+ e le hore le ka laela bara ba lona hore ba phethe mantsoe ’ohle a Molao ona.+ 47 Kaha mantsoe ana ke a bohlokoa, a bolela bophelo ba lona.+ Ka mantsoe ana le ka phela nako e telele naheng eo le tšelang Jordane ho ea e nka.”

48 Jehova a bua le Moshe letsatsing lona lena a re: 49 “Nyolohela thabeng ena ea Abarime+ e leng Thaba ea Nebo+ e naheng ea Moabe, e shebileng Jeriko ’me u shebe naha ea Kanana, eo ke e fang Baiseraele hore e be ea bona.+ 50 Joale u tla shoela* thabeng eo u tl’o nyolohela ho eona feela joalokaha abuti oa hao Arone a shoeletse Thabeng ea Hore+ 51 hobane ka bobeli ba lona ha lea ka la ntšepahalla har’a Baiseraele metsing a Meriba+ ea Kadeshe lefeelleng la Zine ’me ha lea ka la nkhalaletsa ka pel’a sechaba sa Iseraele.+ 52 U tla bona naha u le hole empa u ke ke oa kena naheng eo ke e fang sechaba sa Iseraele.”+

33 Ena ke tlhohonolofatso eo Moshe mohlanka oa Molimo oa ’nete a ileng a e bolella Baiseraele pele ho lefu la hae.+ 2 A re:

“Jehova o tlile a tsoa Sinai+

A ba chabela a le Seire.

O ile a khanya a le sebakeng se lithaba sa Parane.+

O ne a e-na le limiriade tse halalelang,*+

Letsohong la hae le letona e le masole a hae.+

 3 O ne a rata sechaba sa hae.+

Bahalaleli bohle ba sona ba letsohong la hao.+

Ba ne ba lutse maotong a hao,+

Ba qala ho mamela mantsoe a hao.+

 4 (Moshe o ile a re fa molao,+

E leng lefa la phutheho ea Jakobo.)+

 5 Molimo ea e-ba morena oa Jeshurune,*+

Ha lihlooho tsa sechaba li bokane hammoho+

Le meloko eohle ea Iseraele.+

 6 Rubene a ke a phele ’me a se ke a shoa,+

E se eka banna ba leloko la hae ba ka ba bangata.”+

7 O ile a bolella Juda tlhohonolofatso ena:+

“Jehova, utloa lentsoe la Juda,+

E se eka u ka mo khutlisetsa ho batho ba habo.

Matsoho a hae a loanetse seo e leng sa hae,

E se eka u ka mo thusa ho bahanyetsi ba hae.”+

8 Ka Levi a re:+

“Thumime ea hao* le Urime ea hao+ ke tsa motho ea u tšepahallang,+

Eo u mo lekileng Masa.+

U ile oa qala ho mo loantša pel’a metsi a Meriba,+

 9 Motho ea ileng a re ka ntate oa hae le ’mè oa hae, ‘Ha kea ka ka ba tsotella.’

Le bana babo ha aa ka a ba tsotella,+

Le bara ba hae ha aa ka a ba tsotella.

Ba mametse lentsoe la hao

Ebile ba bolokile selekane sa hao.+

10 Ba ke ba rupele Jakobo ka liqeto tsa hao tsa boahloli+

Le Iseraele ka Molao oa hao.+

Ba ke ba u etsetse libano tse monko o monate*+

Le nyehelo e feletseng aletareng ea hao.+

11 Jehova, hlohonolofatsa matla a hae,

E se eka u ka thabisoa ke mosebetsi oa matsoho a hae.

Roba maoto* a ba mo loantšang

E le hore ba mo hloileng, ba se ke ba hlola ba ema.”

12 Ka Benjamine a re:+

“Ea ratoang oa Jehova a ke a lule a sireletsehile pel’a hae,

Ha a ntse a mo sirelelitse letsatsi lohle,

O tla lula pakeng tsa mahetla a hae.”

13 Ka Josefa a re:+

“E se eka Jehova a ka hlohonolofatsa naha ea hae+

Ka lintho tse ntle tsa leholimo,

Ka phoka le ka metsi a tsoang lilibeng tse tlas’a lefatše,+

14 Ka lintho tse ntle tse hlahisitsoeng ke letsatsi

Le ka tse ntle tse hlahang khoeli le khoeli,+

15 Ka lintho tse ntle ka ho fetisisa tse tsoang lithabeng tsa khale*+

Le ka lintho tse ntle tsa maralla a teng ka ho sa feleng,

16 Ka lintho tse ntle tsa lefatše le tsohle tseo le li hlahisang+

Le ka tumello ea ea lutseng lihlahleng tse meutloa.+

E se eka li ka tla hloohong ea Josefa,

Hloohong ea ea khethiloeng har’a bana babo.+

17 Matla a hae a joaloka a letsibolo la poho,

Manaka a hae ke manaka a poho e hlaha.

O tla sutumetsa* lichaba ka tsona

Kaofela ha tsona ho ea likarolong tse hole tsa lefatše.

Ke ba likete tse mashome ba Efraime,+

Ke ba likete ba Manase.”

18 Ka Zabulone a re:+

“Thaba uena Zabulone, khoebong ea hao*

Le uena Isakare, litenteng tsa hao.+

19 Ba tla bitsetsa lichaba lithabeng.

Li tla fana ka mahlabelo a ho loka moo.

Li tla ja leruong le lengata la* maoatle

Le matlotlo a patiloeng lehlabatheng.”

20 Ka Gade a re:+

“Ho hlohonolofatsoe ea atolosang meeli ea Gade.+

O botha moo joaloka tau,

A ikemiselitse ho harola letsoho le hlooho.

21 O tla ikhethela karolo ea pele+

Hobane ke kabelo eo mofani oa molao a mo boloketseng eona.+

Lihlooho tsa sechaba li tla bokana hammoho.

O tla phethisa ho loka ha Jehova

Le liqeto tsa hae tsa boahloli mabapi le Iseraele.”

22 Ka Dane a re:+

“Dane ke lelinyane la tau.+

O tla tlola a tsoa Bashane.”+

23 Ka Nefthali a re:+

“Nefthali o khotsofalitsoe ke ho amoheloa ke Jehova,

O tletse tlhohonolofatso ea hae.

Nka bophirimela le boroa.”

24 Ka Ashere a re:+

“Ashere o hlohonolofalitsoe ka bara.

E se eka a ka amoheloa ke bana babo,

A ke a kenye* maoto a hae ka har’a oli.

25 Tšepe le koporo ke liloko tsa likeiti tsa hao,+

U tla lula u sireletsehile bophelo bohle ba hao.*

26 Ha ho le ea mong ea kang Molimo oa ’nete+ oa Jeshurune,+

Ea u thusang a le leholimong

Le eo ka lebaka la matla a hae a lutseng holim’a maru.+

27 Haesale Molimo e le setšabelo ho tloha khale,+

Matsoho a hae a tla lula a le tlas’a hao ka ho sa feleng.+

O tla leleka sera ka pel’a hao,+

O tla re, ‘Ba feliseng!’+

28 Iseraele e tla lula e sireletsehile,

Seliba sa Jakobo se tla ikhetha

Naheng ea lijo tsa masimong le ea veine e ncha.+

Maholimo a hae a tla rotha phoka.+

29 Ho thaba uena, Iseraele!+

Ke mang ea kang uena,+

Sechaba se thabelang poloko ea Jehova,+

Thebe ea hao e sireletsang,+

Le sabole ea hao e kholo?

Lira tsa hao li tla thothomela ka pel’a hao.+

U tla hata mekokotlo ea tsona.”*

34 Joale Moshe a tloha lehoatateng la Moabe a nyolohela Thabeng ea Nebo+ ka holim’a Pisga,+ e shebaneng le Jeriko.+ Eaba Jehova o mo bontša naha eohle, ho tloha Gileade ho ea fihla Dane,+ 2 Nefthali eohle le naha ea Efraime le Manase le naha eohle ea Juda ho ea fihla leoatleng le ka bophirimela.*+ 3 A mo bontša le Negebe+ le Setereke+ sa Jordane le thota ea Jeriko e leng motse o nang le lifate tsa lipalema le ho ea fihla Zooare.+

4 Eaba Jehova o re ho eena: “Ena ke naha eo ke e hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo ka re, ‘Ke tla e fa litloholo* tsa hao.’+ Ke u lumelletse hore u e bone empa u ke ke oa tšelela ho eona.”+

5 Ka mor’a moo, Moshe mohlanka oa Jehova a shoella moo naheng ea Moabe feela joalokaha Jehova a buile.+ 6 O ile a mo pata khohlong e naheng ea Moabe ka pel’a Bethe-peore ’me ha ho na motho ea tsebang hore na lebitla la hae le hokae ho fihlela letsatsing lena.+ 7 Moshe o ne a le lilemo li 120 ha a shoa.+ Ka nako eo, o ne a ntse a bona hantle ebile a le matla. 8 Sechaba sa Iseraele sa llela Moshe lehoatateng la Moabe ka matsatsi a 30.+ Eaba matsatsi a ho llela Moshe aa fela.

9 Joshua mora oa Nune o ne a le bohlale haholo* hobane Moshe o ne a mo khethile.*+ Baiseraele ba qala ho mo mamela ’me ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+ 10 Empa ha ho e-s’o ka ho e-ba le moprofeta ea kang Moshe Iseraele,+ eo Jehova a neng a mo tseba hantle.*+ 11 Moshe o ile a etsa lipontšo tsohle le mehlolo eo Jehova a ileng a mo romela hore a e etse naheng ea Egepeta ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae le ho naha eohle ea hae+ 12 ka letsoho le matla le liketso tse makatsang ka pel’a mahlo a Baiseraele bohle.+

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”

Ho bonahala ho buuoa ka lithaba tsa Lebanone.

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “le khethollo.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ba entse hore lipelo tsa rona li nyahame.”

E leng ho sireletsoa ka marako a phahameng haholo.

Ka Seheberu: “ka ho feletseng.”

Kapa mohlomong: “Molimo o mo entse hore a be matla.”

Kapa: “la ba qala.”

Sheba Tlhaloso.

E leng Kreta.

Kapa: “ba be le mahlaba a kang a pelehi.”

Kapa: “Phuleng ea Arnone.”

Kapa: “sehlabeng.”

Ka Seheberu: “Mojaro oa hae oa bafu.”

Kapa mohlomong: “lejoe le letšo.”

Ka Seheberu: “litsoe tse robong.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litsoe tse ’nè.”

Kapa: “Phula ea Arnone.”

E bolelang “Metsana ea litente ea Jaire.”

Kapa: “Phuleng ea Arnone.”

Sheba Ntlha ea B4 le B6.

E leng Leoatle le Shoeleng.

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “Mantsoe a Leshome.” Ao hape a tsejoang e le Melao e Leshome.

Kapa: “lefa la hae.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “liteko.”

Ka Seheberu: “peo.”

E leng Leoatle la Letsoai kapa Leoatle le Shoeleng.

Ka Seheberu: “lifahleho li talimane.”

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ka har’a likeiti.”

Kapa: “lintho li u tsamaele hantle.”

Ka Seheberu: “mantsoe.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ka mafolofolo a hao ’ohle; ka sohle seo u nang le sona.”

Ka Seheberu: “bara.”

Ka Seheberu: “pakeng tsa mahlo a hao.”

Kapa: “la nyallana.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “letlotlo la bohlokoa.”

Ka Seheberu: “letsohong.”

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “Leihlo la hao le.”

Kapa: “liteko.”

Kapa mohlomong: “tšohe.”

Kapa: “liphula tsa metsi.”

Kapa: “mehloli e tebileng ea metsi.”

Kapa: “feiga.”

Ka Seheberu: “melala e sataletseng.”

Kapa: “phuthehile.”

Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”

Ka Seheberu: “melala e sataletseng.”

Kapa: “qhibilihisitsoeng.”

A thetsitse fatše ka hlooho.

Kapa: “Ke lefa la hao.”

Kapa: “le thepa ea hao.”

Kapa: “lebokose.”

Ka Seheberu: “Mantsoe a Leshome.” Ao hape a tsejoang e le Melao e Leshome.

Kapa: “phuthehile.”

Kapa: “liphula tsa metsi.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “maholimo a holimo-limo.”

Ka Seheberu: “Le bolotse matlalo a.”

Ka Seheberu: “ ’me le se hlole le satalatsa melala ea lona.”

Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”

Kapa: “a le entseng.”

Ka Seheberu: “peo.”

E leng mokhoa oa ho sebelisa maoto ho hata lebili la metsi kapa ka ho bula le ho koala mecha ea metsi.

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “pakeng tsa mahlo a lona.”

E leng Leoatle le Leholo la Mediterranean.

Kapa: “bophirima-tsatsi.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “seo a nahanang hore se nepahetse.”

Ka Seheberu: “likeiti.”

Ka Seheberu: “ka har’a likeiti tsohle tsa lona.”

Ka Seheberu: “ka har’a likeiti tsa lona.”

Ka Seheberu: “likeiti.”

Ka Seheberu: “likeiti.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Le mamele lentsoe la.”

Ka Seheberu: “la kuta pakeng tsa mahlo.”

Kapa: “letlotlo la bohlokoa.”

Ka Seheberu: “likeiti.”

Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”

Ka Seheberu: “lipelo tsa lona.”

Thulusi e motsu e phunyang masoba a manyenyane.

Ka Seheberu: “lipoho.”

Ka Seheberu: “likeiti.”

Sheba Ntlha ea B15.

Kapa: “nako e behiloeng.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “likeiti.”

Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ka har’a likeiti tsohle tsa lona.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “moqolong.”

E leng sebaka seo Jehova a se khethang bakeng sa borapeli.

Kapa: “lethuela.”

Kapa: “phuthehile.”

Kapa: “mopheteletsi oa mali.”

Ka Seheberu: “Leihlo la hao le.”

Ka Seheberu: “Molomo.”

Ka Seheberu: “Leihlo la hao le.”

Kapa: “a etsa hore lipelo tsa bana babo li nyahame joalokaha ea hae e nyahame.”

Kapa: “mosebetsi o qobelloang.”

Kapa: “ntho leha e le efe e phelang.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “basali ba babeli, e mong a ratoa ’me e mong a hloiloe.”

Kapa: “lehora.”

Kapa: “litjellane.”

Kapa: “a mo hloea.”

Kapa: “o mo hloile.”

Ka Seheberu: “lishekele tse 100.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “ka ho etsa botekatse.”

Ka Seheberu: “lishekele tse 50.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “ngoana oa matšeo.”

E leng ntloana.

Kapa: “moputso oa.”

Ka Seheberu: “kapa ntja.”

Kapa: “a mo hloile.”

Kapa: “e le tebeletso.”

Kapa: “ho nka bophelo ba hae.”

Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “lepera” le ka bolela lintho tse ngata ’me le ka akareletsa mafu a fapaneng a letlalo a tšoaetsanoang. Le ka boela la akareletsa mafu a mang a fumanoang liaparong le ka matlung.

Ka Seheberu: “likeiti.”

Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”

Kapa: “e le tebeletso.”

Ka Seheberu: “o tla ntšetsa pele lebitso la.”

Ka Seheberu: “moqathatso.”

Ka Seheberu: “lebitso la hae.”

Ka Seheberu: “Mahlo a lona a.”

Ka Seheberu: “efa le efa.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litholoana.”

Kapa mohlomong: “ea shoang.”

Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”

Ka Seheberu: “likeiti.”

E leng ho utloa bohloko ka lebaka la ho shoeloa.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “letlotlo la hae la bohlokoa.”

Kapa: “le a soeufatse ka kalaka.”

Kapa: “lea soeufatse ka kalaka.”

Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”

Kapa: “motho ea sebetsang ka patsi le tšepe.”

Kapa: “Ha ho be joalo.”

Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”

Ka Seheberu: “o phetlile mose oa ntate oa hae.”

Kapa: “litoro tsa lona.”

Ka Seheberu: “litholoana tsa limpa tsa lona.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “Maholimo a holima lihlooho tsa lona a tla fetoha koporo.”

Ka Seheberu: “lefatše le ka tlas’a lona le fetohe tšepe.”

Kapa: “ho ferekana ha pelo.”

Kapa: “Likokoanyana tse etsang molumo.”

Ka Seheberu: “likeiti.”

Ka Seheberu: “litholoana tsa limpa tsa lona.”

Kapa: “liteko.”

Ka Seheberu: “fa lipelo tse utloisisang.”

Ka Seheberu: “meqathatso.”

Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.

Ka Seheberu: “motho ea noselitsoeng le ea omeletseng.”

Ka Seheberu: “eo a neng a sa ba abela eona.”

Ka Seheberu: “le a khutlisetsa lipelong tsa lona.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “bolotsa.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ha e hole haholo.”

Ka Seheberu: “ke tsoa le ho kena.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “bana ba banyenyane.”

Ka Seheberu: “likeiting.”

Ka Seheberu ke leru le kang pilara.

Ka Seheberu: “patoa joaloka baholo-holo ba hao.”

Ka Seheberu: “Le e behe melomong ea bona.”

Ka Seheberu: “ba nonne.”

Ka Seheberu: “satalatsa molala.”

Kapa mohlomong: “moloko oa batho.”

E leng Jakobo.

Ka Seheberu: “mafura a linku.”

Ka Seheberu: “mali a morara.”

E bolelang “Ea Lokileng,” e leng tlotla e hlomphang Iseraele.

Kapa: “o khotše haholo.”

Kapa: “Ba entse hore ke be mona.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa mohlomong: “ha se utloe keletso.”

Kapa: “o tla ikutloa a soabile.”

Kapa: “e ja mahlabelo a bona a matle ka ho fetisisa.”

Kapa: “o tla hloekisa.”

Lebitso la Joshua la pele. Hoshea ke khutsufatso ea Hoshaia e bolelang “Ho Pholosoa ke Jah; Jah o Pholositse.”

Ka Seheberu: “a patoa joaloka batho ba habo.”

Kapa: “o ne a e-na le likete tse mashome tsa bahalaleli.”

E bolelang “Ea Lokileng,” e leng tlotla e hlomphang Iseraele.

“Ea hao” le “o” temaneng ena li bolela Molimo.

Ka Seheberu: “linkong tsa hao.”

Kapa: “linoka.”

Kapa mohlomong: “lithabeng tsa bochabela.”

Kapa: “hlaba.”

Ka Seheberu: “ho tsoeng ha hao.”

Ka Seheberu: “Li tla monya leruo le lengata la.”

Kapa: “a hlatsoe.”

Ka Seheberu: “ ’Me matla a hao a tla ba joaloka matsatsi a hao.”

Kapa mohlomong: “libaka tse phahameng.”

E leng Leoatle le Leholo la Mediterranean.

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “bohlale boo matla a Molimo a mo fileng bona.”

Ka Seheberu: “a mo behile matsoho.”

Ka Seheberu: “eo Jehova a neng a mo tseba lifahleho li talimane.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela