Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Numbere 1:1-36:13
  • Numere

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Numere
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Numere

NUMERE

1 Ka letsatsi la pele la khoeli ea bobeli, selemong sa bobeli ka mor’a hore Baiseraele ba tsoe Egepeta,+ Jehova a bua le Moshe lefeelleng la Sinai+ ka tenteng ea pokano*+ a re: 2 “Balang+ Baiseraele* kaofela ho ea ka malapa a bona, mabitso a baholo-holo ba bona le palo ea mabitso a bohle ba batona. 3 Uena le Arone le ngolise bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo+ bao e ka bang masole a Iseraele. Le ba bale ho latela lihlopha tsa bona.*

4 Lelokong le leng le le leng la Iseraele le khethe monna a le mong eo e leng hlooho ea leloko leo a tsoang ho lona.+ 5 Ana ke mabitso a banna ba tla ema le lona: Lelokong la Rubene e tla ba Elizure+ mora oa Shedeure, 6 lelokong la Simeone e tla ba Shelumiele+ mora oa Zurishadai. 7 Ho la Juda e tla ba Nashone+ mora oa Aminadabe. 8 Ho la Isakare e tla ba Nethaniele+ mora oa Zuare. 9 Ho la Zabulone e tla ba Eliabe+ mora oa Helone. 10 Ho bara ba Josefa, lelokong la Efraime+ e tla ba Elishama mora oa Amihude. Lelokong la Manase e be Gamaliele mora oa Pedazure. 11 Ho la Benjamine e tla ba Abidane+ mora oa Gideoni. 12 Ho la Dane e be Akiezere+ mora oa Amishadai. 13 Ho la Ashere e tla ba Pagiele+ mora oa Okrane. 14 Lelokong la Gade e tla ba Eliasafe+ mora oa Deuele. 15 Ho la Nefthali e be Ahira+ mora oa Enane. 16 Bana ke bona ba khethiloeng har’a sechaba hore e be likhosana+ tsa maloko a bona, ba okamele banna ba likete ba Iseraele.”+

17 Moshe le Arone ba bitsa banna bana ba neng ba khethiloe. 18 Ba khobokanya sechaba sohle ka letsatsi la pele la khoeli ea bobeli e le hore e mong le e mong oa bona a ka ngolisoa ka lebitso ho ea ka malapa a bona le mabitso a baholo-holo ba bona, ho tloha ka ba lilemo li 20 ho ea holimo+ 19 feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. Eare ha ba le lefeelleng la Sinai a ba ngolisa.+

20 Bana ba Rubene letsibolo la Iseraele+ ba ngolisoa ka malapa, mabitso a bona le a baholo-holo ba bona. Banna bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba baloa. 21 Lelokong la Rubene ho ngolisitsoe ba 46 500.

22 Bana ba Simeone+ ba ile ba ngolisoa ka malapa, mabitso a bona le a baholo-holo ba bona. Banna bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba baloa. 23 Lelokong la Simeone ho ngolisitsoe ba 59 300.

24 Bana ba Gade+ ba ile ba ngolisoa ka malapa, mabitso a bona le a baholo-holo ba bona. Banna bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba baloa. 25 Lelokong la Gade ho ngolisitsoe ba 45 650.

26 Bana ba Juda+ ba ile ba ngolisoa ka malapa, mabitso a bona le a baholo-holo ba bona. Banna bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba baloa. 27 Lelokong la Juda ho ngolisitsoe ba 74 600.

28 Bana ba Isakare+ ba ile ba ngolisoa ka malapa, mabitso a bona le a baholo-holo ba bona. Banna bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba baloa. 29 Lelokong la Isakare ho ngolisitsoe ba 54 400.

30 Bana ba Zabulone+ ba ile ba ngolisoa ka malapa, mabitso a bona le a baholo-holo ba bona. Banna bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba baloa. 31 Lelokong la Zabulone ho ngolisitsoe ba 57 400.

32 Litloholo tsa Josefa ka Efraime+ li ile tsa ngolisoa ka malapa, mabitso a tsona le a baholo-holo ba tsona. Banna bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba baloa. 33 Lelokong la Efraime ho ngolisitsoe ba 40 500.

34 Bana ba Manase+ ba ile ba ngolisoa ka malapa, mabitso a bona le a baholo-holo ba bona. Banna bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba baloa. 35 Lelokong la Manase ho ngolisitsoe ba 32 200.

36 Bana ba Benjamine+ ba ile ba ngolisoa ka malapa, mabitso a bona le a baholo-holo ba bona. Banna bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba baloa. 37 Lelokong la Benjamine ho ngolisitsoe ba 35 400.

38 Bana ba Dane+ ba ile ba ngolisoa ka malapa, mabitso a bona le a baholo-holo ba bona. Banna bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba baloa. 39 Lelokong la Dane ho ngolisitsoe ba 62 700.

40 Bana ba Ashere+ ba ile ba ngolisoa ka malapa, mabitso a bona le a baholo-holo ba bona. Banna bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba baloa. 41 Lelokong la Ashere ho ngolisitsoe ba 41 500.

42 Bana ba Nefthali+ ba ile ba ngolisoa ka malapa, mabitso a bona le a baholo-holo ba bona. Banna bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba baloa. 43 Lelokong la Nefthali ho ngolisitsoe ba 53 400.

44 Bana ke bao Moshe, Arone le likhosana tse 12 tsa Iseraele ba ileng ba ba ngolisa. Khosana e ’ngoe le e ’ngoe e ne e emela leloko leo e tsoang ho lona. 45 Baiseraele bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo bao e ka bang masole a Iseraele, ba ile ba ngolisoa ho ea ka mabitso a baholo-holo ba bona. 46 Palo ea bohle ba ngolisitsoeng e bile 603 550.+

47 Empa malapa a hlahang lelokong la Levi+ ha aa ka a ngolisoa hammoho le bona.+ 48 Eaba Jehova o re ho Moshe: 49 “Leloko la Levi ke lona feela leo u ke keng oa le ngolisa ’me u se ke oa le kenyelletsa palong ea Baiseraele ba bang.+ 50 U khethe Balevi hore ba hlokomele tabernakele ea Bopaki,+ lisebelisoa tsohle tsa eona le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea eona.+ Ba jare tabernakele le lisebelisoa tsohle tsa eona,+ ba sebeletse ho eona+ ba be ba hlome litente ho e potoloha.+ 51 Balevi ba tlose tabernakele neng kapa neng ha e hloka ho tlosoa,+ ha e hloka ho hlongoa ba e hlome. Empa motho ea tla e atamela a sa lumelloa* a bolaoe.+

52 Moiseraele e mong le e mong a hlome tente ea hae sebakeng seo a se abetsoeng, e mong le e mong sehlopheng sa habo.*+ Ba lule litenteng tsa bona ka lihlopha.* 53 Balevi ba lokela ho hloma litente tsa bona ho potoloha tabernakele ea Bopaki e le hore ke se ke ka halefela sechaba sa Baiseraele.+ Ke bona ba nang le boikarabelo ba ho hlokomela* tabernakele ea Bopaki.”+

54 Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. Ba fela ba etsa joalo.

2 Jehova a bua le Moshe le Arone, a re: 2 “Baiseraele ba hlome litente tsa bona moo sehlopha sa bona sa maloko a mararo+ se abetsoeng ho lula teng. Motho e mong le e mong a be pel’a letšoao la moholo-holo oa hae. Ba hlome litente tsa bona hore li potolohe tente ea pokano ’me li shebe ka ho eona.

3 Ba hlomang litente tsa bona ka bochabela, e be sehlopha sa maloko a mararo sa litente tsa Juda ho ea ka lihlopha tsa bona.* Khosana ea bara ba Juda ke Nashone+ mora oa Aminadabe. 4 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 74 600.+ 5 Leloko la Isakare le hlome litente pel’a hae. Khosana ea bara ba Isakare ke Nethaniele+ mora oa Zuare. 6 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 54 400.+ 7 Pel’a hae e tla ba leloko la Zabulone. Khosana ea bara ba Zabulone ke Eliabe+ mora oa Helone. 8 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 57 400.+

9 Bohle ba ngolisitsoeng mabothong a litente tsa Juda ke ba 186 400. Ba tlohe pele.+

10 Sehlopha sa maloko a mararo sa litente tsa Rubene+ se be ka boroa ho ea ka lihlopha tsa sona.* Khosana ea bara ba Rubene ke Elizure+ mora oa Shedeure. 11 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 46 500.+ 12 Leloko la Simeone le hlome litente pel’a hae. Khosana ea bara ba Simeone ke Shelumiele+ mora oa Zurishadai. 13 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 59 300.+ 14 Pel’a hae e be leloko la Gade. Khosana ea bara ba Gade ke Eliasafe+ mora oa Reuele. 15 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 45 650.+

16 Bohle ba ngolisitsoeng mabothong a litente tsa Rubene ke ba 151 450. E be ba bobeli ba ho tloha.+

17 Ha tente ea pokano e tlosoa,+ litente tsa Balevi li be bohareng ba litente tse ling.

Ba tsamaee ka tsela e tšoanang le eo ba hlomang litente ka eona,+ e mong le e mong a le sebakeng sa hae, ho ea ka lihlopha tsa bona tsa maloko a mararo.

18 Sehlopha sa maloko a mararo sa litente tsa Efraime se be ka bophirimela ho ea ka lihlopha tsa sona.* Khosana ea bara ba Efraime ke Elishama+ mora oa Amihude. 19 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae ke ba 40 500.+ 20 Pel’a hae e be leloko la Manase.+ Khosana ea bara ba Manase ke Gamaliele+ mora oa Pedazure. 21 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 32 200.+ 22 Pel’a hae e be leloko la Benjamine. Khosana ea bara ba Benjamine ke Abidane+ mora oa Gideoni. 23 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 35 400.+

24 Bohle ba ngolisitsoeng mabothong a litente tsa Efraime ke ba 108 100. E be ba boraro ba ho tloha.+

25 Sehlopha sa maloko a mararo sa litente tsa Dane se be ka leboea ho ea ka lihlopha tsa sona.* Khosana ea bara ba Dane ke Akiezere+ mora oa Amishadai. 26 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 62 700.+ 27 Leloko la Ashere le hlome litente pel’a hae. Khosana ea bara ba Ashere ke Pagiele+ mora oa Okrane. 28 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 41 500.+ 29 Pel’a hae e be leloko la Nefthali. Khosana ea bara ba Nefthali ke Ahira+ mora oa Enane. 30 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 53 400.+

31 Bohle ba ngolisitsoeng litenteng tsa Dane ke ba 157 600. E be ba ho qetela ba ho tloha+ ho ea ka lihlopha tsa bona tsa maloko a mararo.”

32 Bana ke Baiseraele ba neng ba ngolisitsoe ho ea ka mabitso a baholo-holo ba bona. Bohle ba litenteng ba ngolisitsoeng bakeng sa sesole e ne e le ba 603 550.+ 33 Empa Balevi ha baa ka ba ngolisoa+ hammoho le Baiseraele ba bang+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. 34 Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. Ena ke tsela eo ka eona ba neng ba hloma litente lihlopheng tsa bona tsa maloko a mararo+ ebile ke tsela eo ba neng ba tloha ka eona,+ e mong le e mong ho ea ka lelapa la habo le ho ea ka mabitso a baholo-holo ba hae.

3 Ena ke meloko ea Arone le Moshe letsatsing leo ka lona Jehova a buileng le Moshe Thabeng ea Sinai.+ 2 Ana e ne e le mabitso a bara ba Arone: Nadabe e leng letsibolo, Abihu,+ Eleazare+ le Ithamare.+ 3 Ana e ne e le mabitso a bara ba Arone e leng baprista ba tlotsitsoeng ba neng ba khethiloe* hore ba sebeletse e le baprista.+ 4 Leha ho le joalo, Nadabe le Abihu ba ile ba shoa ka pel’a Jehova ha ba ne ba nyehela mollo o sa lumelloang ka pel’a Jehova+ lefeelleng la Sinai ’me ba ne ba se na bara. Empa Eleazare+ le Ithamare+ ba ile ba tsoela pele ho sebeletsa e le baprista hammoho le ntat’a bona Arone.

5 Eaba Jehova o re ho Moshe: 6 “Atametsa ba leloko la Levi+ u ba emise ka pel’a moprista Arone ’me ba tla mo sebeletsa.+ 7 Ba phethe boikarabelo ba bona ho eena le ho sechaba sohle ka pel’a tente ea pokano ka hore ba etse tšebeletso ea bona e mabapi le tabernakele. 8 Ba hlokomele lisebelisoa tsohle+ tsa tente ea pokano ’me ba phethe boikarabelo ba bona ho Baiseraele ka ho etsa mesebetsi e mabapi le tabernakele.+ 9 U fane ka Balevi ho Arone le bara ba hae. Ke ba fanoeng, bao a ba filoeng ho tsoa ho Baiseraele.+ 10 U khethe Arone le bara ba hae ’me ba etse mesebetsi ea bona ea boprista.+ Motho leha e le ofe ea tla atamela sehalalelo empa a sa lumelloa* a bolaoe.”+

11 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 12 “Ha e le ’na, ke nka Balevi har’a Baiseraele ho e-na le ho nka matsibolo ’ohle a Baiseraele+ ’me Balevi e tla ba ba ka. 13 Matsibolo ’ohle ke a ka.+ Ka letsatsi leo ka lona ke neng ke otla matsibolo ’ohle naheng ea Egepeta,+ ke ile ka halaletsa matsibolo ’ohle a Iseraele bakeng sa ka ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo.+ E tla ba a ka. Ke ’na Jehova.”

14 Jehova a boela a bua le Moshe lefeelleng la Sinai,+ a re: 15 “Ngolisa bara ba Levi ho ea ka matlo a bo-ntate ba bona le ho ea ka malapa a bona. U ngolise bohle ba batona ho tloha ka ea nang le khoeli ho ea holimo.”+ 16 Kahoo, Moshe a ba ngolisa feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse. 17 Ana e ne e le mabitso a bara ba Levi: Gershone, Kohathe le Merari.+

18 Ana e ne e le mabitso a bara ba Gershone ka malapa a bona: Libni le Shimei.+

19 Bara ba Kohathe ho ea ka malapa a bona e ne e le Amrame, Izehare, Hebrone le Uziele.+

20 Bara ba Merari ho ea ka malapa a bona e ne e le Maheli+ le Mushi.+

Ana e ne e le malapa a Balevi ho ea ka matlo a bo-ntate ba bona.

21 Ho Gershone ho ile ha hlaha lelapa la Balibni+ le lelapa la Bashimei. Ana e ne e le malapa a Bagershone. 22 Palo ea bohle ba batona ba bona ba ngolisitsoeng ho tloha ka ba nang le khoeli ho ea holimo, e ne e le 7 500.+ 23 Malapa a Bagershone a ne a hlomme litente ka bophirimela ka mor’a tabernakele.+ 24 Khosana ea malapa a sehlopheng sa Bagershone e ne e le Eliasafe mora oa Laele. 25 Boikarabelo ba bara ba Gershone+ ka tenteng ea pokano e ne e le ho hlokomela tabernakele+ le masela a eona a e koahelang+ ka hare le ka ntle, kharetene+ ea monyako oa tente ea pokano, 26 masela a lepeletseng+ a lebala, kharetene+ ea monyako oa lebala le potolohileng tabernakele le aletare, lithapo tsa tente le mosebetsi oohle o amanang le lintho tsena.

27 Ho Kohathe ho ile ha hlaha lelapa la Baamrame, la Baizehare, la Bahebrone le la Bauziele. Ana e ne e le malapa a Bakohathe.+ 28 Palo ea bohle ba batona ho tloha ka ba nang le khoeli ho ea holimo, e ne e le 8 600. Ba ne ba ikarabella ka ho hlokomela sebaka se halalelang.+ 29 Malapa a bara ba Kohathe a ne a hlomme litente ka lehlakoreng le ka boroa la tabernakele.+ 30 Khosana ea lelapa bakeng sa malapa a Bakohathe e ne e le Elizafane mora oa Uziele.+ 31 Boikarabelo ba malapa ao e ne e le ho hlokomela Areka,+ tafole,+ seluloana sa lebone,+ lialetare,+ lisebelisoa+ tse sebelisoang sebakeng se halalelang, kharetene+ ea sehalalelo le ho etsa mosebetsi oohle o amanang le lintho tsena.+

32 Hlooho ea likhosana tsa Balevi e ne e le Eleazare+ mora oa moprista Arone, eo e neng e le molebeli oa ba hlokomelang mesebetsi ea sebaka se halalelang.

33 Ho Merari ho ile ha hlaha lelapa la Bamaheli le lelapa la Bamushi. Ana e ne e le malapa a Merari.+ 34 Palo ea bohle ba batona ba ngolisitsoeng ho tloha ka ba nang le khoeli ho ea holimo, e ne e le 6 200.+ 35 Khosana ea lelapa bakeng sa malapa a Merari e ne e le Zuriele mora oa Abikaile. Ba ne ba hlomme litente tsa bona ka lehlakoreng le ka leboea la tabernakele.+ 36 Boikarabelo ba bara ba Merari e ne e le ho hlokomela liforeimi+ tsa tabernakele, lipalo+ tsa eona, lipilara+ tsa eona le litšehetso tsa eona tse sekoti, lisebelisoa+ tsohle tsa eona le ho etsa mosebetsi oohle o amanang le lintho tsena,+ 37 hammoho le lipilara tse neng li potolohile lebala le litšehetso tsa tsona tse sekoti,+ litšepe* tsa tsona tsa tente le lithapo tsa tsona tsa tente.

38 Ba hlommeng litente tsa bona ka bochabela ka pel’a tabernakele e leng tente ea pokano, e ne e le Moshe, Arone le bara ba hae. Boikarabelo ba bona e ne e le ho hlokomela sehalalelo ’me ba ne ba etsa mosebetsi oo bakeng sa Baiseraele. Motho leha e le ofe ea atamelang sehalalelo empa a sa lumelloa* o ne a tla bolaoa.+

39 Balevi bohle ba batona ho tloha ka ba nang le khoeli ho ea holimo, bao Moshe le Arone ba ileng ba ba ngolisa ho ea ka malapa a bona ka taelo ea Jehova, ba ne ba le 22 000.

40 Joale Jehova a re ho Moshe: “Ngolisa matsibolo ’ohle a matona a Baiseraele ho tloha ka ba nang le khoeli ho ea holimo.+ U ba bale ’me u ngole mabitso a bona. 41 U nkukele Balevi ho e-na le ho nka matsibolo ’ohle a Baiseraele+ ’me u nke le liphoofolo tsa Balevi ho e-na le ho nka matsibolo ’ohle a liphoofolo tsa Baiseraele. Ke ’na Jehova.”+ 42 Eaba Moshe o ngolisa matsibolo ’ohle har’a Baiseraele feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse. 43 Palo ea matsibolo ’ohle a matona a ngolisitsoeng ka mabitso ho tloha ka ba nang le khoeli ho ea holimo, e ne e le 22 273.

44 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 45 “Nka Balevi ho e-na le ho nka matsibolo ’ohle har’a Baiseraele ’me u nke le liphoofolo tsa Balevi ho e-na le ho nka liphoofolo tsa Baiseraele ’me Balevi e tla ba ba ka. Ke ’na Jehova. 46 Palo ea matsibolo a Baiseraele e feta palo ea Balevi+ ka 273. E le hore matsibolo ana a eketsehileng a lopolloe,+ 47 u nke likotoana tsa silevera tse etsang likramo tse 57* bakeng sa motho ka mong,+ ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.* Tekanyo e sebelisoang e lekana le likramo tse ka bang 11.*+ 48 U fe Arone le bara ba hae chelete ea ho lopolla bao ba fetang palo ea Balevi.” 49 Kahoo, Moshe a nka chelete ea topollo ho ba neng ba feta Balevi ka palo e le hore a ba lopolle. 50 A nka chelete ho matsibolo a Baiseraele e leng likotoana tsa silevera tsa boima bo ka etsang lik’hilokramo tse 16,* ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang. 51 Joale Moshe a fa Arone le bara ba hae chelete ea topollo ho ea ka lentsoe* la Jehova feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

4 Joale Jehova a bua le Moshe le Arone, a re: 2 “Balang bara ba Kohathe+ har’a bara ba Levi ho ea ka malapa a bona le ho ea ka matlo a bo-ntate ba bona, 3 bohle ba lilemo li 30+ ho ea ho ba lilemo li 50+ ba leng sehlopheng se abetsoeng ho sebetsa ka tenteng ea pokano.+

4 Ona ke mosebetsi oa bara ba Kohathe ka tenteng ea pokano.+ Ke mosebetsi o halalelang ka ho fetisisa: 5 Ha batho ba hlomolla litente tsa bona ’me ba tloha, Arone le bara ba hae ba kene ’me ba theole kharetene ea sehalalelo+ ebe ba koahela areka+ ea Bopaki ka eona. 6 Ba e koahele ka matlalo a liqibi* ’me ka holim’a ’ona ba ale lesela le leputsoa ’me ba kenye lipalo+ tseo e jaroang ka tsona.

7 Hape ba ale lesela le leputsoa holim’a tafole ea bohobe ba pontšo+ ’me holim’a eona ba behe lijana, likopi, likotlolo le lijeke tsa nyehelo ea seno.+ Bohobe bo nyeheloang kamehla+ bo lule bo le holim’a eona. 8 Ba ale lesela le lefubelu* holim’a tsona ’me ba koahele tafole ka matlalo a liqibi* ebe ba kenya lipalo+ tseo e jaroang ka tsona. 9 Ka mor’a moo, ba nke lesela le leputsoa ’me ba koahele seluloana sa lebone+ hammoho le mabone a sona,+ litong* tsa sona, lipane tsa sona tsa mollo+ le lijana tsohle tsa sona tsa oli tse sebelisoang ho e hlokomela. 10 Ba se phuthele hammoho le lisebelisoa tsohle tsa sona ka matlalo a liqibi* ’me ba se behe holim’a palo eo se jaroang ka eona. 11 Ba ale lesela le leputsoa holim’a aletare ea khauta,+ ba e koahele ka matlalo a liqibi* ’me ba kenye lipalo+ tseo e jaroang ka tsona. 12 Ka mor’a moo, ba nke lisebelisoa+ tsohle tseo ba li sebelisang ho sebeletsa kamehla sebakeng se halalelang. Ba li behe ka har’a lesela le leputsoa ’me ba li koahele ka matlalo a liqibi* ebe ba li beha holim’a palo eo li jaroang ka eona.

13 Ba tlose molora* aletareng+ ’me ba ale lesela le entsoeng ka ulu e pherese holim’a eona. 14 Ba behe lisebelisoa tsohle tsa aletare holim’a eona, tse sebelisoang ha ba sebeletsa aletareng: Lipane tsa mollo, lifereko, likharafu le likotlolo e leng lisebelisoa tsohle tsa aletare+ ’me ba e koahele ka matlalo a liqibi* ebe ba kenya lipalo+ tseo e jaroang ka tsona.

15 Ha batho ba hlomolla litente tsa bona ’me ba tloha, Arone le bara ba hae ba koahele lintho tsa sebaka se halalelang le thepa eohle ea sebaka se halalelang.+ Ha ba qetile, bara ba Kohathe ba tle ba li nke+ empa ba se ke ba thetsa lintho tsa sebaka se halalelang, ho seng joalo ba tla shoa.+ Boikarabelo* ba bara ba Kohathe ke ho hlokomela lintho tsena tse amanang le tente ea pokano.

16 Boikarabelo ba Eleazare+ mora oa moprista Arone ke ho ba molebeli oa oli ea ho khantša,+ libano tse nkhang hamonate,+ nyehelo ea kamehla ea lijo* le oli e halalelang.*+ Ke eena molebeli oa tabernakele eohle le lintho tsohle tse ka ho eona, ho akarelletsa le sebaka se halalelang le lisebelisoa tsa sona.”

17 Jehova a boela a bua le Moshe le Arone, a re: 18 “Le se ke la etsa hore leloko la malapa a Bakohathe+ le felisoe har’a Balevi. 19 Empa le etse mosebetsi oa lona hantle e le hore ba tsoele pele ba phela ’me ba se ke ba shoa ka lebaka la ho atamela lintho tse halalelang ka ho fetisisa.+ Arone le bara ba hae ba tle ’me ba abele e mong le e mong mosebetsi oa hae le seo a lokelang ho se jara. 20 Ba se ke ba kena ebe ba bona lintho tse halalelang leha e le ka motsotsoana, ho seng joalo ba tla shoa.”+

21 Eaba Jehova o bua le Moshe, o re: 22 “U bale bara ba Gershone+ ho ea ka matlo a bo-ntate ba bona le ho ea ka malapa a bona. 23 U ngolise bohle ba lilemo li 30 ho ea ho ba lilemo li 50, ba sehlopheng se abetsoeng ho sebeletsa ka tenteng ea pokano. 24 Lintho tsena ke tseo malapa a Bagershone a abetsoeng ho li hlokomela le ho li jara:+ 25 Ba jare masela a tente a tabernakele,+ lesela la tente ea pokano, lesela la tente le entsoeng ka matlalo a liqibi* le lesela la tente le ka tlas’a lona.+ Hape ba jare kharetene ea monyako oa tente ea pokano,+ 26 masela a lepeletseng a lebala,+ kharetene ea monyako oa keiti ea lebala+ le potolohileng tabernakele le aletare, lithapo tsa tsona tsa tente le lisebelisoa tsohle tsa tsona le lintho tsohle tse sebelisoang tšebeletsong ea eona. Ona ke mosebetsi oa bona. 27 Arone le bara ba hae e be balebeli ba mosebetsi oohle le mejaro eohle ea Bagershone.+ A ba abele mejaro ena eohle hore e be boikarabelo ba bona. 28 Ena ke tšebeletso eo malapa a Bagershone a tla e etsa ka tenteng ea pokano.+ Ithamare mora oa moprista Arone e be motsamaisi oa mosebetsi oa bona.+

29 Ha e le bara ba Merari,+ u ba ngolise ho ea ka malapa a bona le ho ea ka matlo a bo-ntate ba bona. 30 U ba ngolise ho tloha ka ba lilemo li 30 ho ea ho ba lilemo li 50, bohle ba sehlopheng se abetsoeng ho sebeletsa tenteng ea pokano. 31 Tsena ke lintho tseo ba lokelang ho li jara+ mabapi le tšebeletso ea bona ea tente ea pokano: Liforeimi+ tsa tabernakele, lipalo tsa eona,+ lipilara+ tsa eona le litšehetso tsa eona tse sekoti,+ 32 lipilara+ tse potolohileng lebala, litšehetso tsa tsona tse sekoti,+ litšepe* tsa tsona tsa tente+ le lithapo tsa tsona tsa tente hammoho le lisebelisoa tsohle tsa tsona le tšebeletso eohle e amanang le lintho tsena. U ba abele lisebelisoa tseo ba lokelang ho li jara ho ea ka mabitso a bona. 33 Ena ke tsela eo malapa a bara ba Merari+ a tla sebeletsa ka eona tenteng ea pokano. Ithamare mora oa moprista Arone+ e be motsamaisi oa mosebetsi oa bona.”

34 Joale Moshe le Arone le likhosana+ tsa sechaba ba ngolisa bara ba Bakohathe+ ho ea ka malapa a bona le ho ea ka matlo a bo-ntate ba bona, 35 bohle ba lilemo li 30 ho ea ho ba lilemo li 50 ba neng ba le sehlopheng se abetsoeng ho sebeletsa tenteng ea pokano.+ 36 Palo ea bohle ba ngolisitsoeng ho ea ka malapa a bona e ne e le 2 750.+ 37 Bana ke ba neng ba ngolisitsoe ho tsoa ho malapa a Bakohathe, bohle ba neng ba sebeletsa tenteng ea pokano. Moshe le Arone ba ile ba ba ngolisa ka taelo ea Jehova a sebelisa Moshe.+

38 Bara ba Gershone+ ba ile ba ngolisoa ho ea ka malapa a bona le ho ea ka matlo a bo-ntate ba bona, 39 bohle ba lilemo li 30 ho ea ho ba lilemo li 50 ba neng ba le sehlopheng se neng se abetsoe ho sebeletsa tenteng ea pokano. 40 Palo ea bohle ba ngolisitsoeng ho ea ka malapa a bona le ho ea ka matlo a bo-ntate ba bona, e ne e le 2 630.+ 41 Ena ke tsela eo malapa a bara ba Gershone a ileng a ngolisoa ka eona, bohle ba neng ba sebeletsa tenteng ea pokano. Moshe le Arone ba ile ba ba ngolisa ho ea ka taelo ea Jehova.+

42 Bara ba Merari ba ile ba ngolisoa ho ea ka malapa a bona le ho ea ka matlo a bo-ntate ba bona, 43 bohle ba lilemo li 30 ho ea ho ba lilemo li 50 ba neng ba le sehlopheng se neng se abetsoe ho sebeletsa tenteng ea pokano.+ 44 Palo ea bohle ba ngolisitsoeng ho bona ho ea ka malapa a bona e ne e le 3 200.+ 45 Ena ke tsela eo malapa a bara ba Merari a ileng a ngolisoa ka eona, bao Moshe le Arone ba ileng ba ba ngolisa ho ea ka taelo ea Jehova a sebelisa Moshe.+

46 Moshe le Arone le likhosana tsa Iseraele ba ile ba ngolisa Balevi bana bohle ho ea ka malapa a bona le ho ea ka matlo a bo-ntate ba bona. 47 E ne e le ba lilemo li 30 ho ea ho ba lilemo li 50 ’me kaofela ha bona ba ne ba abetsoe hore ba sebeletse tenteng ea pokano le ho jara mejaro ea eona.+ 48 Palo ea bohle ba ngolisitsoeng e ne e le 8 580.+ 49 E mong le e mong o ile a ngolisoa ho ea ka mosebetsi oo a o abetsoeng le ho ea ka mojaro oa hae. Ba ile ba ngolisoa ho ea ka taelo ea Jehova a sebelisa Moshe. Ba ngolisoa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

5 Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: 2 “Laela Baiseraele hore ba ntšetse ka ntle ho liahelo batho bohle ba nang le lepera,+ bohle ba lutlang+ ’meleng hammoho le batho bohle ba silafalitsoeng ke motho ea shoeleng.+ 3 Ebang ke e motona kapa e motšehali, le mo ntšetse ka ntle. Le mo ntšetse ka ntle ho liahelo e le hore a se ke a silafatsa+ liahelo tsa bao ke lulang* har’a bona.”+ 4 Kahoo, Baiseraele ba etsa joalo ’me ba ba ntšetsa ka ntle ho liahelo. Feela joalokaha Jehova a boleletse Moshe, Baiseraele ba etsa joalo.

5 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 6 “Bolella Baiseraele, u re: ‘Haeba monna kapa mosali a etsa sebe leha e le sefe ’me a sa tšepahalle Jehova, motho eo o molato.+ 7 A* bolele+ sebe seo a se entseng* ’me a patale litšenyehelo tse feletseng bakeng sa molato oa hae. Hape a ntše karolo ea bohlano ea boleng ba tsona,+ a e fe motho eo a mo foselitseng. 8 Empa haeba motho ea foselitsoeng a se na oa habo ea amanang le eena haufi, ea ka amohelang tefo ea litšenyehelo, e khutlisetsoe ho Jehova ’me e be ea moprista. Tefo eo e isoe ’moho le ramo eo moprista a tla etsa sehlabelo sa tšoarelo ea libe bakeng sa mofosi ka eona.+

9 Monehelo o mong le o mong o halalelang+ oo Baiseraele ba o fang moprista e be oa hae.+ 10 Lintho tse halalelang tsa motho e mong le e mong e lule e le tsa hae. Ntho efe kapa efe eo batho bohle ba e fang moprista e tla ba ea moprista.’”

11 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 12 “Bua le Baiseraele ’me u re ho bona, ‘Haeba mosali a kheloha ’me a sa tšepahalle monna oa hae, 13 a etsa thobalano le monna e mong+ monna oa hae a sa tsebe ebile taba eo e lula e patiloe, ka mantsoe a mang haeba mosali eo a itšilafalitse empa ho se na bopaki ba ho mo qosa ’me a sa tšoaroa, ho etsoe tjena: 14 Haeba monna a boulela ’me a belaela hore mosali oa hae ha aa mo tšepahalla ebang mosali oa hae o itšilafalitse kapa che, 15 monna eo a tlise mosali oa hae ho moprista ’me a mo tlise hammoho le nyehelo e tla fanoa bakeng sa hae, e leng lilithara tse peli* tsa phofo ea harese. A se ke a e tšela ka oli kapa a beha libano tse tšoeu holim’a eona hobane ke nyehelo ea lijo* ea poulelo, nyehelo ea lijo e hopotsang phoso.

16 Moprista a mo tlise ka pele ’me a mo emise ka pel’a Jehova.+ 17 Moprista a nke metsi a halalelang ka sejaneng sa letsopa, a nke mobu fatše tabernakeleng ’me a o tšele ka har’a metsi. 18 Moprista a emise mosali eo ka pel’a Jehova ebe o fasolla moriri oa mosali eo. A behe nyehelo ea lijo* e hopotsang phoso liatleng tsa hae, ke hore, nyehelo ea lijo ea poulelo+ ’me ka letsohong la hae moprista a nke metsi a babang a tlisang thohako.+

19 Ka mor’a moo, moprista a etse hore a hlapanye, a re ho mosali eo: “Haeba haesale u nyalane le monna oa hao* ha ho na monna e mong ea robetseng le uena+ ’me ha oa ka oa kheloha le ho itšilafatsa, metsi ana a babang a tlisang thohako a se ke a u ntša kotsi. 20 Empa haeba u ile oa kheloha ha u ntse u nyalane le monna oa hao ka hore u itšilafatse ka ho etsa thobalano le monna e mong+ ntle ho monna oa hao,” 21 Joale moprista a etse hore mosali eo a hlapanye ka ho etsa kano* ’me moprista a re ho mosali eo: “E se eka Jehova a ka etsa hore u be thohako le kano har’a batho ba heno, ha Jehova a etsa hore u se ke oa khona ho ba le bana* le hore mpa ea hao e ruruhe. 22 Metsi ana a tlisang thohako a kene ka maleng a hao ho etsa hore mpa ea hao e ruruhe le ho etsa hore u se ke oa khona ho ba le bana.”* Mosali a re: “Amen! Amen!”*

23 Joale moprista a ngole lithohako tsena bukeng ’me a li hlatsoetse ka har’a metsi a babang. 24 Ka mor’a moo, a noese mosali eo metsi a babang a tlisang thohako. Metsi a tlisang thohako a tla kena ka maleng a hae ’me a etse hore a utloe bohloko. 25 Moprista a nke nyehelo ea lijo* ea poulelo+ letsohong la mosali eo ’me a tsokele nyehelo ea lijo koana le koana ka pel’a Jehova, ebe o e atametsa aletareng. 26 Moprista a nke karolo e seng kae ea nyehelo ea lijo e le karolo e emelang nyehelo eohle ’me a etse hore e kubelle aletareng+ ebe ka mor’a moo o noesa mosali eo metsi. 27 Ha a mo noesa metsi ao, haeba a itšilafalitse ’me a sa tšepahalla monna oa hae, metsi a tlisang thohako a tla kena ka maleng a hae ’me a etse hore a utloe bohloko. Mpa ea hae e tla ruruha ebile a ke ke a khona ho pepa.* Mosali eo e tla ba mohlala oa motho ea rohakiloeng har’a batho ba habo. 28 Leha ho le joalo, haeba mosali eo a sa ka a itšilafatsa ’me a hloekile, a ke ke a fumana kotlo e joalo ’me o tla khona ho ima le ho ba le bana.

29 Ona ke molao oa poulelo+ haeba mosali a ka kheloha ha a ntse a nyalane le monna oa hae ’me a itšilafatsa 30 kapa ha monna a boulela ’me a belaela hore mosali oa hae ha aa mo tšepahalle. Monna eo a emise mosali oa hae ka pel’a Jehova ’me moprista a phethe molao ona oohle ho eena. 31 Monna eo a ke ke a ba molato empa mosali oa hae o tla ikarabella bakeng sa molato oa hae.’”

6 Jehova a bua le Moshe a re: 2 “Bua le Baiseraele u re ho bona, ‘Haeba monna kapa mosali a etsa boitlamo bo khethehileng ba ho phela e le Monazari*+ oa Jehova, 3 ha aa lokela ho noa veine le lino tse ling tse tahang. Ha aa lokela ho noa vinika e entsoeng ka veine kapa vinika e entsoeng ka seno se tahang.+ Ha aa lokela ho noa seno se entsoeng ka morara kapa ho ja morara, ebang ke o sa tsoa khuoa kapa o omisitsoeng. 4 Ka matsatsi ’ohle a Bonazari ba hae ha aa lokela ho ja ntho e tsoang sefateng sa morara ebang ke morara o sa butsoang kapa makhapetla.

5 A se ke a kuta moriri+ oa hae* ka matsatsi ’ohle a boitlamo ba hae ba Bonazari. A lule a halalela ka hore a tlohele moriri oa hlooho ea hae hore o hole ho fihlela matsatsi ao a inehetseng ho Jehova ka ’ona a felile. 6 A se ke a atamela* motho ea shoeleng ka matsatsi ’ohle ao a inehetseng ho Jehova ka ’ona. 7 A se ke a itšilafatsa ka motho ea shoeleng+ le haeba ntate oa hae, ’mè oa hae, mor’abo kapa khaitseli ea hae e ka shoa hobane moriri o hloohong ea hae ke letšoao la hore ke Monazari.

8 Oa halalela ho Jehova ka matsatsi ’ohle a Bonazari ba hae. 9 Empa haeba motho a ka shoella haufi le eena+ ka tšohanyetso ’me a mo thetsa ebe o silafatsa moriri o bontšang hore o inehetse ho Molimo,* a kute hlooho+ ea hae ka lehare letsatsing leo a hloekisoang ka lona. A e kute ka letsatsi la bosupa. 10 Ka letsatsi la borobeli, a tlise maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli monyako oa tente ea pokano ho moprista. 11 Moprista a etse nyehelo ea sebe ka le leng ’me ka le leng a etse nyehelo ea secheso ebe o mo etsetsa sehlabelo sa tšoarelo ea libe bakeng sa sebe+ sa hae se mabapi le motho ea shoeleng. Joale a halaletse hlooho ea hae letsatsing leo. 12 A inehele hape ho Jehova ’me a qale matsatsi a hae a Bonazari bocha ebe o tlisa ramo e nyenyane e nang le selemo e le nyehelo ea molato. Leha ho le joalo, matsatsi a seng a fetile a ke ke a baloa hobane o silafalitse Bonazari ba hae.

13 Joale ona ke molao o mabapi le Monazari: Ha matsatsi a hae a Bonazari+ a felile, a tlisoe monyako oa tente ea pokano. 14 A hlahise nyehelo ea hae ho Jehova moo. Nyehelo eo e be ramo e le ’ngoe e nyenyane e nang le selemo e phetseng hantle e le nyehelo ea secheso,+ konyana e le ’ngoe e nang le selemo e phetseng hantle e tšehali e le nyehelo ea sebe,+ ramo e le ’ngoe e phetseng hantle e le sehlabelo se kopanetsoeng,+ 15 baskete ea mahobe a selika-likoe a lesoba hare a se nang tomoso a entsoeng ka phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli, liphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsoeng ka oli le nyehelo ea tsona ea lijo*+ le linyehelo tsa tsona tsa seno.+ 16 Moprista a li hlahise ka pel’a Jehova ’me a fane ka nyehelo ea hae ea sebe le nyehelo ea hae ea secheso. 17 A fane ka ramo e le sehlabelo se kopanetsoeng ho Jehova hammoho le baskete ea mahobe a se nang tomoso ’me moprista a hlahise nyehelo ea eona ea lijo*+ le nyehelo ea eona ea seno.

18 Joale Monazari a kute moriri o hloohong ea hae*+ ka lehare a le monyako oa tente ea pokano ’me a nke moriri ona oo a o holisitseng ha e ntse e le Monazari, a o kenye mollong oa sehlabelo se kopanetsoeng. 19 Moprista a nke sephaka se phehiloeng+ sa ramo, a nke bohobe bo le bong bo selika-likoe bo lesoba hare bo se nang tomoso ka basketeng le sephaphatha se le seng se se nang tomoso ’me a li behe liatleng tsa Monazari ka mor’a hore a kute moriri oa hae, e leng letšoao la Bonazari ba hae. 20 Moprista a li tsokele koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ Ke ntho e halalelang bakeng sa moprista hammoho le sefuba sa nyehelo e tsokoang le leoto le fanoang e le monehelo.+ Ka mor’a moo, Monazari a ka noa veine.

21 Ona ke molao o mabapi le Monazari+ ea etsang boitlamo: Haeba a itlama hore a ka khona ho fana ka nyehelo ho Jehova e fetang eo a lokelang ho e ntša bakeng sa Bonazari ba hae, a phethe boitlamo ba hae e le hore a hlomphe molao oa Bonazari ba hae.’”

22 Joale Jehova a re ho Moshe: 23 “Bolella Arone le bara ba hae u re, ‘Ena ke tsela eo le tla hlohonolofatsa+ sechaba sa Iseraele ka eona. Le re ho sona:

24 “E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa+ ’me a le sireletsa.

25 E se eka Jehova a ka le bontša mosa*+ ’me a le hauhela.

26 E se eka Jehova a ka le bontša mosa ’me a le fa khotso.”’+

27 Ba bitse lebitso la ka sechabeng sa Iseraele+ e le hore nka ba hlohonolofatsa.”+

7 Letsatsing leo Moshe a qetileng ho hloma tabernakele+ ka lona, o ile a e tlotsa+ le ho e hloekisa* hammoho le thepa eohle ea eona, aletare le lisebelisoa tsohle tsa eona.+ Ha a se a li tlotsitse ’me a li hloekisitse,+ 2 likhosana tsa Iseraele+ tseo e neng e le lihlooho tsa maloko, tsa etsa nyehelo. Likhosana tsena tse neng li okametse mosebetsi oa ho ngolisa 3 li ile tsa tlisa nyehelo ea tsona ka pel’a Jehova. E ne e le nyehelo ea likariki tse tšeletseng tse koahetsoeng le lipoho tse 12. Li ne li tlisitse kariki e le ’ngoe bakeng sa likhosana tse peli le poho e le ’ngoe bakeng sa e mong le e mong oa bona ’me tsa li hlahisa ka pel’a tabernakele. 4 Jehova a re ho Moshe: 5 “U amohele lintho tsena tse tsoang ho likhosana tsena kaha li tla sebelisetsoa tšebeletso ea tente ea pokano ’me u li fe Balevi. U fe e mong le e mong oa bona seo a se hlokang bakeng sa mosebetsi oa hae.”

6 Kahoo, Moshe a amohela likariki le lipoho tseo ’me a li fa Balevi. 7 O ile a fa bara ba Gershone likariki tse peli le lipoho tse ’nè, ho ea ka seo ba neng ba se hloka bakeng sa mosebetsi oa bona.+ 8 A fa bara ba Merari likariki tse ’nè le lipoho tse robeli ho ea ka seo ba neng ba se hloka bakeng sa mosebetsi oa bona ’me Ithamare mora oa moprista Arone e ne e le motsamaisi oa mosebetsi oa bona.+ 9 Empa ha aa ka a fa bara ba Kohathe letho hobane mosebetsi oa bona o ne o amana le tšebeletso ea sebaka se halalelang+ ’me ba ne ba jara lintho tse halalelang ka mahetla a bona.+

10 Joale likhosana tsa etsa nyehelo ha ho khakoloa aletare letsatsing leo e neng e tlotsoa ka lona.+ Ha likhosana li hlahisa linyehelo tsa tsona ka pel’a aletare, 11 Jehova a re ho Moshe: “Letsatsi le leng le le leng khosana e le ’ngoe e hlahise nyehelo ea eona ha ho khakoloa aletare. Ba tle ka matsatsi a latellanang.”

12 Khosana e ileng ea tlisa nyehelo ea eona ka letsatsi la pele e ne e le Nashone+ mora oa Aminadabe oa leloko la Juda. 13 Nyehelo ea hae e ne e le sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang k’hilokramo e le ’ngoe le halofo,* le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba likramo tse 798* ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.*+ Ka bobeli li ne li tletse phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ 14 A tlisa le kopi e le ’ngoe* ea khauta e boima ba likramo tse 114* e tletseng libano. 15 Bakeng sa nyehelo ea secheso a tlisa pohoana e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le konyana e le ’ngoe e tona e nang le selemo.+ 16 Bakeng sa nyehelo ea sebe a tlisa potsanyane e le ’ngoe.+ 17 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng,+ a tlisa lipoho tse peli, liramo tse hlano, liphooko* tse hlano le likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Nashone mora oa Aminadabe.+

18 Ka letsatsi la bobeli, Nethaniele+ mora oa Zuare, khosana ea Isakare, a tlisa nyehelo. 19 O ile a tlisa nyehelo ea hae ea sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang k’hilokramo e le ’ngoe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba likramo tse 798 ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.+ Ka bobeli li ne li tletse phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ 20 A tlisa le kopi e le ’ngoe ea khauta e boima ba likramo tse 114 e tletseng libano. 21 Bakeng sa nyehelo ea secheso a tlisa pohoana e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le konyana e le ’ngoe e tona e selemong sa eona sa pele.+ 22 Bakeng sa nyehelo ea sebe a tlisa potsanyane e le ’ngoe.+ 23 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng,+ a tlisa lipoho tse peli, liramo tse hlano, liphooko tse hlano le likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Nethaniele mora oa Zuare.

24 Ka letsatsi la boraro, khosana ea bara ba Zabulone, e leng Eliabe+ mora oa Helone, 25 o ile a tlisa nyehelo ea hae ea sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang k’hilokramo e le ’ngoe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba likramo tse 798 ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.+ Ka bobeli li ne li tletse phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ 26 A tlisa le kopi e le ’ngoe ea khauta e boima ba likramo tse 114 e tletseng libano. 27 Bakeng sa nyehelo ea secheso a tlisa pohoana e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le konyana e le ’ngoe e tona e nang le selemo.+ 28 Bakeng sa nyehelo ea sebe a tlisa potsanyane e le ’ngoe.+ 29 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng,+ a tlisa lipoho tse peli, liramo tse hlano, liphooko tse hlano le likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Eliabe+ mora oa Helone.

30 Ka letsatsi la bone, khosana ea bara ba Rubene, e leng Elizure+ mora oa Shedeure, 31 o ile a tlisa nyehelo ea hae ea sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang k’hilokramo e le ’ngoe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba likramo tse 798 ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.+ Ka bobeli li ne li tletse phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ 32 A tlisa le kopi e le ’ngoe ea khauta e boima ba likramo tse 114 e tletseng libano. 33 Bakeng sa nyehelo ea secheso a tlisa pohoana e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le konyana e le ’ngoe e tona e nang le selemo.+ 34 Bakeng sa nyehelo ea sebe a tlisa potsanyane e le ’ngoe.+ 35 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng,+ a tlisa lipoho tse peli, liramo tse hlano, liphooko tse hlano le likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Elizure+ mora oa Shedeure.

36 Ka letsatsi la bohlano, khosana ea bara ba Simeone, e leng Shelumiele+ mora oa Zurishadai, 37 o ile a tlisa nyehelo ea hae ea sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang k’hilokramo e le ’ngoe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba likramo tse 798 ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.+ Ka bobeli li ne li tletse phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ 38 A tlisa le kopi e le ’ngoe ea khauta e boima ba likramo tse 114 e tletseng libano. 39 Bakeng sa nyehelo ea secheso a tlisa pohoana e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le konyana e le ’ngoe e tona e nang le selemo.+ 40 Bakeng sa nyehelo ea sebe a tlisa potsanyane e le ’ngoe.+ 41 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng,+ a tlisa lipoho tse peli, liramo tse hlano, liphooko tse hlano le likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Shelumiele+ mora oa Zurishadai.

42 Ka letsatsi la botšelela, khosana ea bara ba Gade, e leng Eliasafe+ mora oa Deuele, 43 o ile a tlisa nyehelo ea hae ea sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang k’hilokramo e le ’ngoe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba likramo tse 798 ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.+ Ka bobeli li ne li tletse phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ 44 A tlisa le kopi e le ’ngoe ea khauta e boima ba likramo tse 114 e tletseng libano. 45 Bakeng sa nyehelo ea secheso a tlisa pohoana e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le konyana e le ’ngoe e tona e nang le selemo.+ 46 Bakeng sa nyehelo ea sebe a tlisa potsanyane e le ’ngoe.+ 47 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng,+ a tlisa lipoho tse peli, liramo tse hlano, liphooko tse hlano le likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Eliasafe+ mora oa Deuele.

48 Ka letsatsi la bosupa, khosana ea bara ba Efraime, e leng Elishama+ mora oa Amihude, 49 o ile a tlisa nyehelo ea hae ea sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang k’hilokramo e le ’ngoe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba likramo tse 798 ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.+ Ka bobeli li ne li tletse phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ 50 A tlisa le kopi e le ’ngoe ea khauta e boima ba likramo tse 114 e tletseng libano. 51 Bakeng sa nyehelo ea secheso a tlisa pohoana e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le konyana e le ’ngoe e tona e nang le selemo.+ 52 Bakeng sa nyehelo ea sebe a tlisa potsanyane e le ’ngoe.+ 53 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng,+ a tlisa lipoho tse peli, liramo tse hlano, liphooko tse hlano le likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Elishama+ mora oa Amihude.

54 Ka letsatsi la borobeli, khosana ea bara ba Manase, e leng Gamaliele+ mora oa Pedazure, 55 o ile a tlisa nyehelo ea hae ea sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang k’hilokramo e le ’ngoe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba likramo tse 798 ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.+ Ka bobeli li ne li tletse phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ 56 A tlisa le kopi e le ’ngoe ea khauta e boima ba likramo tse 114 e tletseng libano. 57 Bakeng sa nyehelo ea secheso a tlisa pohoana e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le konyana e le ’ngoe e tona e nang le selemo.+ 58 Bakeng sa nyehelo ea sebe a tlisa potsanyane e le ’ngoe.+ 59 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng,+ a tlisa lipoho tse peli, liramo tse hlano, liphooko tse hlano le likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Gamaliele+ mora oa Pedazure.

60 Ka letsatsi la borobong, khosana+ ea bara ba Benjamine, e leng Abidane+ mora oa Gideoni, 61 o ile a tlisa nyehelo ea hae ea sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang k’hilokramo e le ’ngoe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba likramo tse 798 ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.+ Ka bobeli li ne li tletse phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ 62 A tlisa le kopi e le ’ngoe ea khauta e boima ba likramo tse 114 e tletseng libano. 63 Bakeng sa nyehelo ea secheso a tlisa pohoana e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le konyana e le ’ngoe e tona e nang le selemo.+ 64 Bakeng sa nyehelo ea sebe a tlisa potsanyane e le ’ngoe.+ 65 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng,+ a tlisa lipoho tse peli, liramo tse hlano, liphooko tse hlano le likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Abidane+ mora oa Gideoni.

66 Ka letsatsi la leshome, khosana ea bara ba Dane, e leng Akiezere+ mora oa Amishadai, 67 o ile a tlisa nyehelo ea hae ea sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang k’hilokramo e le ’ngoe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba likramo tse 798 ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.+ Ka bobeli li ne li tletse phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ 68 A tlisa le kopi e le ’ngoe ea khauta e boima ba likramo tse 114 e tletseng libano. 69 Bakeng sa nyehelo ea secheso a tlisa pohoana e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le konyana e le ’ngoe e tona e nang le selemo.+ 70 Bakeng sa nyehelo ea sebe a tlisa potsanyane e le ’ngoe.+ 71 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng,+ a tlisa lipoho tse peli, liramo tse hlano, liphooko tse hlano le likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Akiezere+ mora oa Amishadai.

72 Ka letsatsi la bo11, khosana ea bara ba Ashere, e leng Pagiele+ mora oa Okrane, 73 o ile a tlisa nyehelo ea hae ea sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang k’hilokramo e le ’ngoe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba likramo tse 798 ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.+ Ka bobeli li ne li tletse phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ 74 A tlisa le kopi e le ’ngoe ea khauta e boima ba likramo tse 114 e tletseng libano. 75 Bakeng sa nyehelo ea secheso a tlisa pohoana e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le konyana e le ’ngoe e tona e nang le selemo.+ 76 Bakeng sa nyehelo ea sebe a tlisa potsanyane e le ’ngoe.+ 77 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng,+ a tlisa lipoho tse peli, liramo tse hlano, liphooko tse hlano le likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Pagiele+ mora oa Okrane.

78 Ka letsatsi la bo12, khosana ea bara ba Nefthali, e leng Ahira+ mora oa Enane, 79 o ile a tlisa nyehelo ea hae ea sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang k’hilokramo e le ’ngoe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba likramo tse 798 ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.+ Ka bobeli li ne li tletse phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ 80 A tlisa le kopi e le ’ngoe ea khauta e boima ba likramo tse 114 e tletseng libano. 81 Bakeng sa nyehelo ea secheso a tlisa pohoana e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le konyana e le ’ngoe e tona e nang le selemo.+ 82 Bakeng sa nyehelo ea sebe a tlisa potsanyane e le ’ngoe.+ 83 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsoeng,+ a tlisa lipoho tse peli, liramo tse hlano, liphooko tse hlano le likonyana tse hlano tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Ena e ne e le nyehelo ea Ahira+ mora oa Enane.

84 Tsena ke lintho tseo likhosana tsa Iseraele li ileng tsa fana ka tsona e le nyehelo ha ho khakoloa+ aletare le ha e tlotsoa: Lijana tsa silevera tse 12, likotlolo tsa silevera tse 12, likopi tsa khauta tse 12.+ 85 Sejana se seng le se seng sa silevera se ne se le boima bo ka etsang k’hilokramo e le ’ngoe le halofo, sekotlolo se seng le se seng se le boima ba likramo tse 798, silevera eohle ea lijana e le lik’hilokramo tse ka bang 27* ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang.+ 86 Kopi ka ’ngoe ho likopi tsa khauta tse 12 tse tletseng libano e ne e le boima ba likramo tse 114 ho ea ka tekanyo ea sebaka se halalelang, khauta eohle ea likopi e ne e le boima bo ka holimonyana ho k’hilokramo.* 87 Liphoofolo tsohle bakeng sa nyehelo ea secheso e ne e le lipoho tse 12, liramo tse 12, likonyana tse tona tse 12 e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo le linyehelo tsa tsona tsa lijo* le lipotsanyane tse 12 bakeng sa nyehelo ea sebe. 88 Liphoofolo tsohle tsa sehlabelo se kopanetsoeng e ne e le lipoho tse 24, liramo tse 60, liphooko tse 60, likonyana tse tona tse 60 e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Tsena ke lintho tseo ho ileng ha fanoa ka tsona e le nyehelo ha ho ne ho khakoloa+ aletare ka mor’a hore e tlotsoe.+

89 Neng kapa neng ha Moshe a ne a kena ka tenteng ea pokano ho ea bua le Molimo,+ o ne a utloa lentsoe le bua le eena le tsoa ka holim’a sekoahelo+ sa areka ea Bopaki, pakeng tsa likerubime+ tse peli ’me Molimo o ne a bua le eena.

8 Jehova a bua le Moshe a re: 2 “Bua le Arone u re ho eena, ‘Ha u khantša mabone, mabone a supileng a lokela ho etsa hore sebaka se ka pel’a seluloana sa lebone se khanye.’”+ 3 Kahoo, Arone a khantša mabone bakeng sa sebaka se ka pel’a seluloana sa lebone+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. 4 Seluloana sa lebone se ne se entsoe ka tsela ena: Se ne se entsoe ka khauta e tutsoeng ka hamore+ ho tloha kutung ea sona ho fihlela ho lithunthung tsa sona. Seluloana sa lebone se ne se entsoe ho ea ka pono+ eo Jehova a neng a e bontšitse Moshe.

5 Jehova a boela a bua le Moshe a re: 6 “Nka Balevi har’a Baiseraele ’me u ba hloekise.+ 7 U ba hloekise ka tsela ena: U ba fafatse ka metsi a hloekisang sebe. Ba kute moriri oohle o ’meleng oa bona ka lehare, ba hlatsoe liaparo tsa bona ’me ba itlhoekise.+ 8 Joale ba nke pohoana+ le nyehelo ea eona ea lijo*+ ea phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli. U nke pohoana e ’ngoe bakeng sa nyehelo ea sebe.+ 9 U hlahise Balevi ka pel’a tente ea pokano ’me u bokelle sechaba sohle sa Baiseraele.+ 10 Ha u hlahisa Balevi ka pel’a Jehova, Baiseraele ba behe matsoho a bona holim’a Balevi.+ 11 Arone a fane ka* Balevi ka pel’a Jehova joaloka nyehelo e tsokoang+ e tsoang ho Baiseraele ’me ba tla etsa tšebeletso ea Jehova.+

12 Joale Balevi ba tla beha matsoho a bona holim’a lihlooho tsa lipoho.+ Ka mor’a moo, u fane ka poho e ’ngoe e le nyehelo ea sebe ’me e ’ngoe e be nyehelo ea secheso ea Jehova ho etsetsa Balevi sehlabelo sa tšoarelo ea libe.+ 13 U etse hore Balevi ba eme ka pel’a Arone le bara ba hae ’me u fane ka bona* joaloka nyehelo e tsokoang ho Jehova. 14 U khethe Balevi har’a Baiseraele ’me Balevi e tla ba ba ka.+ 15 Ka mor’a moo, Balevi ba kene ho sebeletsa tenteng ea pokano. U ba hloekise ka tsela ena le ho fana ka bona* joaloka nyehelo e tsokoang. 16 Ke ba fanoeng, bao ke ba filoeng har’a Baiseraele. Ke tla inkela bona ho e-na le ho nka matsibolo ’ohle a Baiseraele.+ 17 Matsibolo ’ohle har’a Baiseraele ke a ka, a batho le a liphoofolo.+ Ke ile ka ikhethela ’ona* letsatsing leo ka lona ke ileng ka otla matsibolo ’ohle naheng ea Egepeta.+ 18 Ke tla nka Balevi ho e-na le ho nka matsibolo ’ohle har’a Baiseraele. 19 Ke tla fana ka Balevi e le ba filoeng Arone le bara ba hae har’a Baiseraele, hore ba etsetse Baiseraele tšebeletso tenteng ea pokano+ le hore ba etsetse Baiseraele mahlabelo a tšoarelo ea libe, e le hore Baiseraele+ ba se ke ba hlaheloa ke ntho e mpe ka lebaka la ho atamela sebaka se halalelang.”

20 Moshe le Arone le sechaba sohle sa Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se boleletse Moshe mabapi le Balevi. 21 Kahoo, Balevi ba itlhoekisa ’me ba hlatsoa liaparo tsa bona.+ Ka mor’a moo, Arone a fana ka bona* joaloka nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ Joale Arone a ba etsetsa mahlabelo a tšoarelo ea libe ho ba hloekisa.+ 22 Ka mor’a moo, Balevi ba kena bakeng sa ho etsa tšebeletso ea bona tenteng ea pokano ka pel’a Arone le bara ba hae. Sechaba sa etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe mabapi le Balevi.

23 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 24 “Litaba tse latelang ke tse amang Balevi: Banna ba lilemo li 25 ho ea holimo, ba tla kena sehlopheng sa ba sebeletsang tenteng ea pokano. 25 Empa ha ba le lilemo li 50, ba khaotse ho sebeletsa. 26 Ba ka ’na ba sebeletsa bana ba bo bona ba etsang mesebetsi e etsoang tenteng ea pokano empa bona ba se ke ba sebeletsa moo. U etse joalo mabapi le Balevi le mesebetsi ea bona.”+

9 Jehova a bua le Moshe lefeelleng la Sinai ka khoeli ea pele+ ea selemo sa bobeli ka mor’a hore ba tsoe naheng ea Egepeta a re: 2 “Baiseraele ba lokise sehlabelo sa Paseka+ ka nako ea sona e behiloeng.+ 3 Le se lokise ka letsatsi la bo14 la khoeli ena ha letsatsi le likela,* le se lokise ka nako ea sona e behiloeng. E be ho ea ka litaelo tsohle tsa sona le mekhoa ea sona e behiloeng.”+

4 Moshe a bolella Baiseraele hore ba lokise sehlabelo sa Paseka. 5 Kahoo, ba lokisa sehlabelo sa Paseka ka khoeli ea pele, letsatsing la bo14 la khoeli, ha letsatsi le likela* lefeelleng la Sinai. Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe.

6 Ho ne ho e-na le banna ba neng ba sa hloeka ka lebaka la ho thetsa motho ea shoeleng+ ’me ba ne ba sa khone ho lokisa sehlabelo sa Paseka ka letsatsi leo. Kahoo, banna bao ba tla ho Moshe le Arone letsatsing leo+ 7 ’me ba re ho Moshe: “Ha rea hloeka hobane re thetsitse motho ea shoeleng. Joale ke hobane’ng ha seo se re thibela ho hlahisetsa Jehova nyehelo har’a Baiseraele ka nako ea eona e behiloeng?”+ 8 Eaba Moshe o re ho bona: “Emang moo ke e’o utloa hore na Jehova o re’ng ka taba ea lona.”+

9 Joale Jehova a re ho Moshe: 10 “Bua le Baiseraele, u re, ‘Le hoja motho har’a lona kapa ho meloko ea lona ea ka moso e ka ba ea sa hloekang+ ka lebaka la ho thetsa motho ea shoeleng kapa a le leetong ’me a le hole, le eena a etsetse Jehova sehlabelo sa Paseka. 11 Ba se etse ka khoeli ea bobeli,+ letsatsing la bo14, ha letsatsi le likela.* Ba je sehlabelo seo ka mahobe a se nang tomoso le meroho e metala e babang.+ 12 Ba se ke ba siea letho la sehlabelo seo ho fihlela hoseng,+ ’me ha baa lokela ho roba lesapo leha e le lefe la sona.+ Ba se etse ho ea ka litaelo tsohle tse mabapi le Paseka. 13 Empa haeba motho a ne a hloekile kapa a ne a se leetong ’me a sa ka a etsa sehlabelo sa Paseka, joale motho eo a bolaoe har’a sechaba sa habo+ hobane ha aa ka a hlahisa nyehelo ea Jehova ka nako ea eona e behiloeng. Motho eo o tla arabella sebe sa hae.

14 Haeba molichaba a lula le lona, le eena a etsetse Jehova sehlabelo sa Paseka.+ A se etse ho ea ka litaelo tsa Paseka le ho ea ka mokhoa oa eona o behiloeng.+ Baiseraele le balichaba ba latele litaelo tse tšoanang.’”+

15 Joale ka letsatsi leo tabernakele e ileng ea hlongoa+ ka lona, leru le ile la koahela tabernakele, e leng tente ea Bopaki empa mantsiboea ntho e kang mollo e ile ea lula holim’a tabernakele ho fihlela hoseng.+ 16 Seo ke se neng se lula se etsahala. Leru le ne le e koahela motšehare ’me ntho e kang mollo e ne e e koahela bosiu.+ 17 Neng kapa neng ha leru le phahama holim’a tente, Baiseraele ba ne ba tsamaea hang-hang.+ Moo leru le neng le lula teng, ke moo Baiseraele ba neng ba hloma litente tsa bona teng.+ 18 Baiseraele ba ne ba tsamaea ho ea ka taelo ea Jehova ’me ba hloma litente tsa bona ho ea ka taelo ea Jehova.+ Hafeela leru le ne le lutse holim’a tabernakele, ba ne ba lula ba hlomme litente tsa bona. 19 Ha leru le ne le lula holim’a tabernakele ka matsatsi a mangata, Baiseraele ba ne ba mamela Jehova ’me ba sa tsamaee.+ 20 Ka linako tse ling leru le ne le lula matsatsi a ’maloa holim’a tabernakele. Ka taelo ea Jehova ba ne ba lula ba hlomme litente tsa bona ’me ka taelo ea Jehova ba ne ba tsamaea. 21 Ka linako tse ling, leru le ne le lula ho tloha mantsiboea ho fihlela hoseng feela ’me ha leru le phahama hoseng, ba ne ba tsamaea. Ebang e ne e le motšehare kapa bosiu, ha leru le phahama, ba ne ba tsamaea.+ 22 Ebang leru le ne le lula ka matsatsi a mabeli, khoeli kapa ho feta moo, hafeela le lutse holim’a tabernakele, Baiseraele ba ne ba lula ba hlomme litente tsa bona ’me ba sa tsamaee. Empa ha le phahama ba ne ba tsamaea. 23 Ba ne ba hloma litente tsa bona ho ea ka taelo ea Jehova ’me ba ne ba tsamaea ho ea ka taelo ea Jehova. Ba ile ba mamela Jehova ka ho etsa seo Jehova a neng a ba laetse sona ka Moshe.

10 Jehova a re ho Moshe: 2 “Iketsetse literompeta+ tse peli. U li etse ka silevera e tutsoeng ka hamore ’me u li sebelise ha u bitsa sechaba leha u se tsebisa ha e le nako ea ho hlomolla litente. 3 Ha li letsoa ka bobeli, sechaba sohle se lokela ho tla ho uena monyako oa tente ea pokano.+ 4 Haeba ho letsoa e le ’ngoe feela, likhosana e leng lihlooho tsa ba likete ba Iseraele, ke tsona feela tse tla tla ho uena.+

5 Ha le letsa terompeta le etsa molumo o lerata o feto-fetohang, lihlopha tsa ba hlommeng litente tsa bona ka bochabela+ li tsamaee. 6 Ka lekhetlo la bobeli, ha le letsa terompeta le etsa molumo o lerata o feto-fetohang, lihlopha tsa ba hlommeng litente tsa bona ka boroa+ li tsamaee. Literompeta li letsoe ka tsela ena lekhetlo le leng le le leng ha se seng sa lihlopha se tsamaea.

7 Ha le bokella sechaba, le letse literompeta+ tseo empa le se ke la li letsa ka molumo o lerata o feto-fetohang. 8 Bara ba Arone e leng baprista, ba letse literompeta+ ’me li sebelisoe e le taelo e tla lula e le teng bakeng sa lona melokong eohle ea lona.

9 Haeba le lokela ho loantša mohatelli ea le tšoenyang naheng ea lona, le letse molumo oa ntoa ka literompeta+ ’me Jehova Molimo oa lona o tla le utloa ’me a le pholose ho lira tsa lona.

10 Hape, linakong tsa lona tsa ho thaba,+ e leng meketeng+ ea lona le ha khoeli e ’ngoe le e ’ngoe e qala, le letse literompeta bakeng sa linyehelo tsa lona tsa secheso+ le mahlabelo a lona a kopanetsoeng.+ Molumo oa tsona o tla etsa hore Molimo a le hopole. Ke ’na Jehova Molimo oa lona.”+

11 Joale ka selemo sa bobeli, ka khoeli ea bobeli, letsatsing la bo20 la khoeli,+ leru la phahama holim’a tabernakele+ ea Bopaki. 12 Kahoo, Baiseraele ba tloha lefeelleng la Sinai ka mokhoa oo ho neng ho hlophisitsoe hore ba tsamaee ka oona+ ’me leru la lula lefeelleng la Parane.+ 13 Lena e ne e le lekhetlo la pele ba tloha ho ea ka taelo eo Jehova a e fileng Moshe.+

14 Kahoo, sehlopha sa maloko a mararo sa bara ba Juda sa tloha pele ho ea ka lihlopha tsa sona.* Nashone+ mora oa Aminadabe o ne a okametse sehlopha seo. 15 Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Isakare e ne e le Nethaniele+ mora oa Zuare. 16 Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Zabulone e ne e le Eliabe+ mora oa Helone.

17 Ha tabernakele e theoloa,+ bara ba Gershone+ le bara ba Merari,+ ba neng ba jara tabernakele, ba ne ba tloha.

18 Ka mor’a moo, sehlopha sa maloko a mararo sa ba lulang liahelong tsa Rubene sa tloha ka lihlopha tsa sona.* Elizure+ mora oa Shedeure o ne a okametse sehlopha seo. 19 Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Simeone e ne e le Shelumiele+ mora oa Zurishadai. 20 Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Gade e ne e le Eliasafe+ mora oa Deuele.

21 Ka mor’a moo, Bakohathe ba neng ba jara thepa ea sehalalelo,+ ba tloha. Tabernakele e ne e lokela hore e be e se e hlonngoe ha ba fihla.

22 Ka mor’a moo, sehlopha sa maloko a mararo sa bara ba Efraime sa tloha ka lihlopha tsa sona.* Elishama+ mora oa Amihude o ne a okametse sehlopha seo. 23 Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Manase e ne e le Gamaliele+ mora oa Pedazure. 24 Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Benjamine e ne e le Abidane+ mora oa Gideoni.

25 Ka mor’a moo, sehlopha sa maloko a mararo sa bara ba Dane sa tloha ka lihlopha tsa sona.* Ba ne ba le ka morao ’me ba sirelelitse lihlopha tse ling kaofela ’me Akiezere+ mora oa Amishadai o ne a okametse sehlopha seo. 26 Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Ashere e ne e le Pagiele+ mora oa Okrane. 27 Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Nefthali e ne e le Ahira+ mora oa Enane. 28 Ena ke tsela eo Baiseraele ba neng ba tloha ka eona ka lihlopha tsa bona* ha ba tsamaea.+

29 Moshe a re ho Hobabe mora oa Reuele*+ oa Momidiane, ntate oa mosali oa Moshe: “Rea tsamaea, re ea sebakeng seo Jehova a tšepisitseng hore o tla re fa sona.+ Tsamaea le rona+ ’me re tla u tšoara hantle hobane Jehova o tšepisitse Iseraele lintho tse ntle.”+ 30 Empa a re ho eena: “Nke ke ka tsamaea. Ke tla khutlela naheng ea heso le ho ba leloko la heso.” 31 Eaba o re: “Ka kopo u se ke oa re siea hobane u tseba moo re lokelang ho hloma litente tsa rona teng lefeelleng ’me u ka re tataisa.* 32 Haeba u tsamaea le rona,+ ntho leha e le efe e molemo eo Jehova a re etsetsang eona, le rona re tla u etsetsa eona.”

33 Ba tloha thabeng ea Jehova,+ ba nka leeto la matsatsi a mararo ’me areka+ ea selekane sa Jehova e ne e tsamaea ka pel’a bona ka matsatsi a mararo ho ba batlela sebaka sa ho phomola.+ 34 Leru la Jehova+ le ne le le holim’a bona motšehare ha ba tloha liahelong.

35 Neng kapa neng ha Areka e tlosoa, Moshe o ne a re: “Etsa ho hong hle Jehova+ ’me lira tsa hao li ke li hasanngoe. Ba u hloileng ba ke ba balehe ka pel’a hao.” 36 Ha e behoa fatše, o ne a re: “Jehova, khutlela ho likete tse se nang palo* tsa Iseraele.”+

11 Sechaba sa tletleba se halefile ka pel’a Jehova. Ha Jehova a se utloa, a halefa haholo eaba mollo o tsoang ho Jehova o chesa le ho felisa ba bang qetellong ea liahelo. 2 Ha sechaba se hoeletsa ho Moshe, a etsa thapeli ho Jehova+ ’me mollo oa tima. 3 Kahoo, sebaka seo sa rehoa Tabera* hobane mollo o tsoang ho Jehova o ne o ba chesitse.+

4 Joale batho ba mefuta eohle*+ ba neng ba le har’a sechaba ba qala ho ba meharo.+ Baiseraele le bona ba boela ba lla hape ba re: “Ke mang ea tla re fa nama re je?+ 5 Kannete re hopotse tlhapi eo re neng re e ja mahala Egepeta le likomkomere, mahapu, liliki,* lieie le konofolo.+ 6 Empa joale re felloa ke matla. Ha ho na letho leo re le bonang haese manna ana.”+

7 Manna+ a ne a tšoana le peo ea korianda+ ’me ’mala oa ’ona eka oa mamina a sefate.* 8 Sechaba se ne se hasana se a thonaka ’me se a sila maloaleng a letsoho kapa se a tula ka har’a motulo. Ka mor’a moo, se ne se a pheha ka lipitseng kapa se a etsa mahobe a selika-likoe+ ’me tatso ea ’ona e ne e tšoana le ea likuku tse monate tse nang le oli. 9 Ha phoka e theohela holim’a liahelo bosiu, manna le ’ona a ne a theohela moo.+

10 Moshe a utloa sechaba se lla, lelapeng le leng le le leng, motho ka mong a le monyako oa tente ea hae. Jehova o ile a halefa haholo+ ’me Moshe le eena o ne a sa thaba. 11 Joale Moshe a re ho Jehova: “Ke hobane’ng ha u utloisitse mohlanka oa hao bohloko? Ke entse eng e sa u thabiseng, hoo u behileng moroalo oa sechaba see sohle holim’a ka?+ 12 Na ke emotse sechaba see sohle? Na ke ’na ea se tsoetseng hoo u reng ho ’na, ‘Se jare sefubeng sa hao feela joalokaha mohlokomeli* a jara ngoana ea anyang,’ ho se isa naheng eo u ileng oa hlapanya hore u tla e fa baholo-holo ba sona?+ 13 Ke tla nka nama kae hore ke e fe sechaba see sohle? Se ntse se lla ka pel’a ka, se re, ‘Re fe nama, re je!’ 14 Ha ke khone ho jara sechaba sena sohle ke le mong. Se sengata haholo.+ 15 Haeba u tl’o nketsa tjee, ke kopa u mpolaee hona joale.+ Haeba oa nthata, etsa hore ke se ke ka hlola ke bona tlokotsi.”

16 Jehova a araba Moshe a re: “Mpokellele banna ba 70 har’a baholo ba Iseraele, bao u tsebang hore ke baholo le balaoli ba sechaba.+ U ba ise tenteng ea pokano ’me ba eme moo le uena. 17 Ke tla theoha+ ebe ke bua le uena moo.+ Ke tla nka o mong oa moea oa ka o halalelang+ ho uena ke o behe ho bona ’me ba tla u thusa ho jara moroalo oa sechaba e le hore u se ke oa o jara u le mong.+ 18 U re ho sechaba, ‘Itlhoekisetseng hosane+ kaha le tla ja nama hobane le ile la lla hoo Jehova a ileng a le utloa+ ’me la re: “Ke mang ea tla re fa nama re je? Ho ne ho le monate ha re le Egepeta.”+ Jehova o tla le fa nama ’me le tla e ja.+ 19 Le ke ke la e ja ka letsatsi le le leng, a mabeli, a mahlano, a leshome kapa a 20 20 empa le tla e ja khoeli kaofela, ho fihlela e le tenne* le se le bile le e nyonya+ hobane le lahlile Jehova ea har’a lona ’me le ne le lla ka pel’a hae le re: “Ke hobane’ng ha re tsoile Egepeta?”’”+

21 Moshe a re: “Sechaba seo ke leng har’a sona se na le banna ba 600 000 ba tsamaeang ka maoto*+ leha ho le joalo u itse, ‘Ke tla se fa nama ’me se tla ja nama e ngata khoeli kaofela.’ 22 Haeba ho ka hlajoa mehlape eohle ea linku le ea lipoli le mehlape ea liphoofolo tse kholo, na e tla se lekana? Le haeba litlhapi tsohle tse leoatleng li ka tšoasoa, na li ka se lekana?”

23 Jehova a re ho Moshe: “Na Jehova a ka hloleha ho etsa ntho ee?*+ Joale u tla bona hore na seo ke se buang se tla etsahala kapa che.”

24 Kahoo, Moshe a tsoa ’me a bolella sechaba mantsoe a Jehova. A bokella banna ba 70 ho baholo ba sechaba ’me a ba emisa ho potoloha tente ea pokano.+ 25 Joale Jehova a theoha a le lerung,+ a bua le eena+ eaba o nka o mong oa moea o halalelang+ o neng o le ho eena ’me o o beha ho baholo ba 70 kaofela. Eitse hang ha moea o theohela ho bona, ba qala ho itšoara joaloka baprofeta*+ empa ha baa ka ba etsa joalo hape.

26 Ho ne ho e-na le banna ba babeli ba neng ba setse liahelong. Lebitso la e mong e le Eldade ’me la e mong e le Medade. Moea o halalelang oa qala ho theohela ho bona kaha ba ne ba le har’a bao mabitso a bona a neng a ngotsoe fatše empa ba ne ba sa ea tenteng ea pokano. Kahoo, ba qala ho itšoara joaloka baprofeta liahelong. 27 Mohlankana e mong a matha ’me a tlalehela Moshe a re: “Eldade le Medade ba itšoere joaloka baprofeta liahelong!” 28 Joale Joshua+ mora oa Nune, ea ileng a sebeletsa Moshe ho tloha e sa le mohlankana, a arabela a re: “Moshe moren’a ka, ba thibe!”+ 29 Empa Moshe a re ho eena: “U se ke oa tšoenyeha ka ’na hobane ke lakatsa eka batho bohle ba Jehova e ne e ka ba baprofeta le hore Jehova a behe moea oa hae ho bona.” 30 Hamorao Moshe a khutlela liahelong hammoho le baholo ba Iseraele.

31 Moea o tsoang ho Jehova oa foka ka matla ’me oa khanna likoekoe* ho tloha leoatleng, oa li lihela hohle ho potoloha liahelo.+ Boholo ba sebaka seo li neng li se koahetse ka mahlakoreng ’ohle a liahelo e ne e ka ba leeto la letsatsi ’me li ne li tletse hoo li neng li ka etsa mithara* ho tloha fatše. 32 Kahoo, sechaba sa ema letsatsi leo lohle le bosiu bohle le letsatsi lohle le hlahlamang ’me sa bokella likoekoe. Ha ho motho ea ileng a bokella tse ka tlase ho linkho tse leshome tse kholohali* ’me ba ’na ba li ala fatše ho potoloha liahelo ka hohle. 33 Empa ha nama e ne e sa ntse e le pakeng tsa meno a bona, le pele ba ka e hlafuna, Jehova a halefela sechaba seo haholo eaba Jehova o qala ho bolaea sechaba ka polao e kholo haholo.+

34 Kahoo, ba reha sebaka seo lebitso la Kibrothe-hatava*+ hobane ke moo sechaba se meharo se ileng sa patoa teng.+ 35 Sechaba sa tloha Kibrothe-hatava sa ea Hazerothe ’me sa lula Hazerothe.+

12 Miriame le Arone ba qala ho bua Moshe hampe ka lebaka la mosali oa Mokushe eo Moshe a ileng a mo nyala.+ 2 Ba ne ba re: “Na Jehova o bua a sebelisa Moshe feela? Na ha a bue a sebelisa le rona?”+ Jehova o ne a mametse.+ 3 Monna enoa Moshe, o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle*+ ba teng lefatšeng.

4 Kapele Jehova a re ho Moshe le Arone le Miriame: “Tsamaeang, ka boraro ba lona, le ee tenteng ea pokano.” Kahoo, ba tsamaea hammoho ba le bararo. 5 Jehova a theoha a le lerung*+ eaba o ema monyako oa tente ’me o bitsa Arone le Miriame. Eaba ba tla ba le babeli. 6 Joale Molimo a re: “Ke kopa le ’mamele. Haeba ho ne ho e-na le moprofeta oa Jehova har’a lona, ke ne ke tla itsebahatsa ho eena ponong+ ’me ke ne ke tla bua le eena torong.+ 7 Empa ha ho joalo ka mohlanka oa ka Moshe. Sechaba sohle* sa ka se hlokomeloa ke eena.*+ 8 Ke bua le eena joalokaha motho a bua le motho e mong,*+ ka tsela e hlakileng, eseng ka lilotho ’me o bona ponahalo ea Jehova. Joale ke hobane’ng ha le sa ka la tšaba ho bua mohlanka oa ka Moshe hampe?”

9 Kahoo, Jehova a ba halefela haholo ’me a tloha pel’a bona. 10 Ha leru le tloha holim’a tente, Miriame o ne a otliloe ka lepera, a le mosoeu joaloka lehloa.+ Arone a sheba Miriame ’me a bona hore o ne a otliloe ka lepera.+ 11 Kapele-pele Arone a re ho Moshe: “Kea u kopa, moren’a ka! Ke kopa u se ke oa re tlohela hore re fuoe kotlo ka lebaka la sebe sena. Ntho eo re e entseng ke booatla. 12 Ke kopa u se ke oa mo tlohela hore a lule a tšoana le ngoana ea hlahileng a shoele, eo karolo e ’ngoe ea nama ea hae e senyehileng.” 13 Moshe a hoeletsa ho Jehova a re: “Ka kopo Molimo, mo folise. Kea u kopa hle!”+

14 Jehova a re ho Moshe: “Haeba ntate oa hae a ne a ka mo tšoela ka mathe sefahlehong, na o ne a ke ke a tlotloloha ka matsatsi a supileng? Joale a ke a behelloe ka ntle ho liahelo ka matsatsi a supileng+ ’me ka mor’a moo a ka khutlisetsoa liahelong.” 15 Kahoo, Miriame a behelloa ka ntle ho liahelo ka matsatsi a supileng+ ’me sechaba ha sea ka sa tsamaea ho fihlela Miriame a khutliselitsoe liahelong. 16 Ka mor’a moo, sechaba sa tloha Hazerothe+ ’me sa hloma litente lefeelleng la Parane.+

13 Jehova a bua le Moshe a re: 2 “Roma banna hore ba e’o hloela* naha ea Kanana eo ke e fang Baiseraele. Le rome monna a le mong ho tsoa lelokong le leng le le leng,+ eo e leng khosana lelokong la habo.”+

3 Kahoo, ha ba le lefeelleng la Parane,+ Moshe a ba roma ho ea ka taelo ea Jehova. Banna bao bohle e ne e le lihlooho tsa Baiseraele. 4 Ana ke mabitso a bona: Lelokong la Rubene e le Shamua mora oa Zakure, 5 lelokong la Simeone e le Shafate mora oa Hori, 6 lelokong la Juda e le Kalebe+ mora oa Jefune, 7 lelokong la Isakare e le Igale mora oa Josefa, 8 lelokong la Efraime e le Hoshea+ mora oa Nune, 9 lelokong la Benjamine e le Palti mora oa Rafu, 10 lelokong la Zabulone e le Gadiele mora oa Sodi, 11 lelokong la Josefa,+ bakeng sa leloko la Manase+ e le Gaddi mora oa Susi, 12 lelokong la Dane e le Amiele mora oa Gemali, 13 lelokong la Ashere e le Sethure mora oa Mikaele, 14 lelokong la Nefthali e le Nabi mora oa Vofsi, 15 lelokong la Gade e le Geuele mora oa Maki. 16 Ana ke mabitso a banna bao Moshe a ileng a ba roma ho ea hloela* naha. Moshe a reha Hoshea mora oa Nune lebitso la Joshua.*+

17 Ha Moshe a ba roma ho ea hloela* naha ea Kanana, o ile a re ho bona: “Nyolohelang mane Negebe ’me le nyolohele sebakeng se lithaba.+ 18 Le shebe hore na naha eo e joang+ le hore na batho ba lulang ho eona ba matla kapa baa fokola, ba ’maloa kapa ba bangata 19 le hore na naha eo e ntle kapa e mpe le hore na metse eo ba lulang ho eona e sirelelitsoe ka marako kapa che. 20 Le shebe hore na naha eo e ruile* kapa e futsanehile*+ le hore na ho na le lifate ho eona kapa che. Le be sebete+ ’me le nke tse ling tsa litholoana tsa naha eo.” E ne e le nako eo morara oa pele o butsoitseng ka eona.+

21 Kahoo, ba nyoloha ’me ba hloela* naha ho tloha lefeelleng la Zine+ ho ea Rehobe+ haufi le Lebo-hamathe.*+ 22 Ha ba nyolohela Negebe ba fihla Hebrone+ moo Akimane, Sheshai le Talmai,+ e leng Baanake+ ba neng ba lula teng. Hebrone e ne e hahiloe lilemo tse supileng pele ho Zoane ea Egepeta. 23 Ha ba fihla Khohlong* ea Eshkole,+ ba khaola lekala le nang le morara o mongata, leo banna ba babeli ba neng ba lokela ho le jara holim’a palo hammoho le likharenate le lifeie.*+ 24 Ba reha sebaka seo Khohlo ea Eshkole*+ ka lebaka la morara o mongata oo Baiseraele ba o khileng moo.

25 Ka mor’a matsatsi a 40+ ba khutla ho tsoa hloela* naha. 26 Kahoo, ba khutlela ho Moshe le Arone le ho sechaba sohle sa Baiseraele lefeelleng la Parane, Kadeshe.+ Ba tlisa tlaleho ho sechaba sohle ’me ba se bontša litholoana tsa naha. 27 Ba tlalehela Moshe ba re: “Re kene naheng eo u re rometseng ho eona. E phalla lebese le mahe a linotši+ ’me tsena ke litholoana tsa eona.+ 28 Leha ho le joalo, batho ba lulang naheng eo ba matla ’me metse ea bona e sirelelitsoeng ka marako e meholo haholo. Re bone le Baanake moo.+ 29 Baamaleke+ ba lula naheng ea Negebe+ ’me Bahethe, Bajebuse+ le Baamore+ ba lula sebakeng se lithaba. Bakanana+ ba lula pel’a leoatle+ le pel’a Jordane.”

30 Joale Kalebe a leka ho khutsisa sechaba ha se ntse se eme ka pel’a Moshe a re: “A re nyoloheng hang-hang ’me joang kapa joang re tla e hapa hobane re ka e hlola.”+ 31 Empa banna ba ileng ba nyoloha le eena ba re: “Re ke ke ra khona ho loantša batho bao hobane ba matla ho re feta.”+ 32 Ba ’na ba bolella Baiseraele lintho tse mpe+ ka naha eo ba tsoang ho e hloela* ba re: “Naha eo re tsoang ho e hlahloba ke naha eo batho ba bolaoang ho eona ’me batho bohle bao re ba boneng ho eona ke batho ba boholo bo sa tloaelehang.+ 33 Re bone Banefilime moo, bara ba Anake+ ba tsoang ho* Banefilime. Ha re ipapisa le bona re ne re tšoana le litsie.* Le bona ha ba re sheba ba ne ba bona re tšoana le litsie.”

14 Sechaba sohle sa hoeletsa ’me sa lla bosiu boo bohle.+ 2 Baiseraele bohle ba qala ho korotlela Moshe le Arone+ ’me sechaba sohle sa bua le bona sa re: “Hoja ra shoella naheng ea Egepeta kapa ra shoella lefeelleng lena. 3 Ke hobane’ng ha Jehova a re tlisa naheng ee hore re tl’o bolaoa ka sabole?+ Basali ba rona le bana ba rona ba tla hapuoa.+ Na ha ho molemo hore re khutlele Egepeta?”+ 4 Ba ne ba bile ba buisana ba re: “A re khetheng moeta-pele ’me re khutleleng Egepeta.”+

5 Moshe le Arone ba khumama ’me ba inama ka pel’a sechaba sohle se bokaneng sa Baiseraele. 6 Joshua+ mora oa Nune le Kalebe+ mora oa Jefune ba neng ba le har’a ba ileng ba hloela* naha, ba tabola liaparo tsa bona 7 eaba ba re ho sechaba sohle sa Baiseraele: “Naha eo re tsoang ho e hloela* ke naha e ntle haholo.+ 8 Haeba re khahlisa Jehova, o tla re kenya naheng ena ’me a re fe eona, naha e phallang lebese le mahe a linotši.+ 9 Empa le se ke la fetohela Jehova ’me le se ke la tšaba batho ba naha eo+ hobane re tla ba hlola habonolo.* Ha ba sa na letho le ba sirelelitseng ’me Jehova o na le rona.+ Le se ke la ba tšaba.”

10 Leha ho le joalo, sechaba sohle sa re se tla ba tlepetsa ka majoe.+ Empa khanya ea Jehova ea hlaha tenteng ea pokano ho sechaba sohle sa Iseraele.+

11 Eaba Jehova o re ho Moshe: “Sechaba see se tla ntlhompholla ho fihlela neng+ ’me se tla hana ho lumela ho ’na ho fihlela neng, ho sa tsotellehe lipontšo tsohle tseo ke li entseng har’a sona?+ 12 E-re ke se otle ka lefu la seoa ebe kea se leleka, ke u etse hore u be sechaba se seholo le se matla ho se feta.”+

13 Empa Moshe a re ho Jehova: “Joale Baegepeta bao u ntšitseng sechaba sena har’a bona ka matla a hao, ba tla utloa+ 14 ’me ba tla bolella baahi ba naha ena. Le bona ba utloile hore uena Jehova, u har’a sechaba sena+ ’me u itlhahisitse ho sona ka ho hlaka.*+ Ke uena Jehova ’me leru la hao le eme holim’a sona ’me u tsamaea ka pel’a sona ka leru* motšehare le ka mollo* bosiu.+ 15 Haeba u ka bolaea sechaba sena kaofela ka nako e le ’ngoe,* lichaba tse utloileng ka botumo ba hao li tla re: 16 ‘Jehova o ne a sa khone ho kenya sechaba sena naheng eo a ileng a ikana hore o tla se fa eona. Kahoo, o se bolaetse lefeelleng.’+ 17 Joale ka kopo Jehova, matla a hao a ke a be maholo joalokaha u tšepisitse ha u ne u re: 18 ‘Jehova, ea liehang ho halefa le ea nang le lerato,*+ ea tšoarelang phoso le tlolo empa ho hang a sa tlohele ea molato hore a se ke a fuoa kotlo, ea tlisang kotlo bakeng sa phoso ea bo-ntate ho bara, ho moloko oa boraro le ho moloko oa bone.’+ 19 Ka kopo, tšoarela phoso ea sechaba sena ka lebaka la lerato* la hao le leholo feela joalokaha u tšoaretse sechaba sena ho tloha Egepeta ho fihlela hona joale.”+

20 Eaba Jehova o re: “Kea ba tšoarela joalokaha u kopile.+ 21 Empa ka lehlakoreng le leng, kea ikana* hore lefatše lohle le tla tlala khanya ea Jehova.+ 22 Leha ho le joalo, ha ho na motho le ea mong ea boneng khanya ea ka le lipontšo tsa ka+ tseo ke li entseng Egepeta le lefeelleng ’me leha ho le joalo a ’na a nteka+ ka makhetlo ana a leshome ’me a sa ka a mamela lentsoe la ka+ 23 ea tla bona naha eo ke hlapanyelitseng baholo-holo ba bona hore ke tla ba fa eona. Ha ho le ea mong ea ntlhomphollang ea tla e bona.+ 24 Empa kaha mohlanka oa ka Kalebe+ o ne a fapane le ba bang ’me o ile a ’na a ntatela ka pelo eohle, ke tla mo tlisa naheng eo a ileng a ea ho eona ’me bana ba hae ba tla e rua.+ 25 Kaha Baamaleke le Bakanana+ ba lutse khohlong,* le lokela ho khutla hosane ’me le ee lefeelleng ka tsela ea Leoatle le Lefubelu.”+

26 Eaba Jehova o re ho Moshe le Arone: 27 “Sechaba see se sa lokang se tla ’ne se nkorotlele ho fihlela neng?+ Ke utloile lintho tseo Baiseraele ba nkorotlelang ka tsona.+ 28 E-re ho bona, ‘Jehova o re: “Ke hlapanya ka ’na* hore ke tla le etsa ka tsela eo ke le utloileng le bua ka eona.+ 29 Le tla shoella* lefeelleng lena,+ kaofela ha lona, bohle ba ileng ba nkorotlela ho tloha ka ba lilemo li 20 ho ea holimo ba ileng ba ngolisoa.+ 30 Ha ho le ea mong oa lona ea tla kena naheng eo ke hlapantseng* hore le tla lula ho eona+ haese Kalebe mora oa Jefune le Joshua mora oa Nune.+

31 Bana ba lona bao le itseng ba tla hapuoa,+ ke tla ba tlisa naheng ena ’me ba tla tseba naha eo le e lahlileng.+ 32 Empa lona le tla shoella lefeelleng lena. 33 Joale bara ba lona e tla ba balisa lefeelleng ka lilemo tse 40+ ’me ba tla lokela ho arabella liketso tsa lona tsa ho se tšepahale* ho fihlela setopo sa e mong le e mong oa lona se rapalla lefeelleng.+ 34 Ho ea ka palo ea matsatsi ao le ileng la hloela* naha ka ’ona, matsatsi a 40,+ letsatsi bakeng sa selemo, letsatsi bakeng sa selemo, le tla arabella liphoso tsa lona ka lilemo tse 40.+ Le tla utloa litla-morao tsa ho ba khahlanong le ’na.*

35 ’Na Jehova, ke buile. Ke tla etsa tjena ho sechaba sena sohle se sa lokang, se bokaneng khahlanong le ’na: Se tla fella lefeelleng lena ’me se tla shoella mona.+ 36 Banna bao Moshe a ba rometseng ho hloela* naha le ba entseng hore sechaba sohle se mo korotlele ha ba ne ba tlisa tlaleho e mpe ka naha eo,+ 37 banna bana ba ileng ba tlisa tlaleho e mpe ka naha eo, ba tla fuoa kotlo ’me ba shoe ka pel’a Jehova.+ 38 Empa Joshua mora oa Nune le Kalebe mora oa Jefune, ba neng ba le har’a ba tsoang ho hloela* naha, ba tla lula ba phela.”’”+

39 Ha Moshe a bolella Baiseraele bohle mantsoe ana, ba utloa bohloko haholo. 40 Ho feta moo, ba tsoha hoseng haholo ’me ba leka ho nyolohela ka holim’a thaba ba re: “Ke rona bana ’me re se re itokiselitse ho nyolohela sebakeng seo Jehova a buileng ka sona hobane re entse sebe.”+ 41 Empa Moshe a re: “Ke hobane’ng ha le tlola taelo ea Jehova? Ntho eo le batlang ho e etsa e ke ke ea atleha. 42 Le se ke la nyoloha hobane Jehova ha a eo har’a lona ’me lira tsa lona li tla le hlola.+ 43 Baamaleke le Bakanana ba teng ho kopana le lona+ ’me le tla bolaoa ka sabole. Kaha le khaolitse ho latela Jehova, Jehova le eena a ke ke a ba le lona.”+

44 Leha ho le joalo, ba ile ba e-ba manganga ’me ba nyolohela ka holim’a thaba+ empa areka ea selekane sa Jehova ha ea ka ea tloha har’a liahelo le Moshe ha aa ka a tloha.+ 45 Joale Baamaleke le Bakanana ba neng ba lula thabeng ba theoha ’me ba ba hlasela, ba ba hasanya ho ea fihla Horma.+

15 Jehova a boela a bua le Moshe a re: 2 “Bua le Baiseraele ’me u re ho bona, ‘Qetellong ha le fihla naheng eo ke le fang eona hore le lule ho eona,+ 3 le etsetse Jehova nyehelo ka mollo ho tsoa mohlapeng oa liphoofolo tse kholo kapa ho tsoa mohlapeng oa linku le lipoli e le hore le etsetse Jehova monko o monate.*+ Ebang ke nyehelo ea secheso,+ sehlabelo bakeng sa ho phetha boitlamo bo khethehileng, nyehelo ea boithaopo+ kapa nyehelo nakong ea mekete ea lona eo le e etsang ka linako tse itseng,+ 4 ea tlisang nyehelo ea hae a boele a tlisetse Jehova nyehelo ea lijo,* e leng lilithara tse peli* tsa phofo e sitsoeng hantle,+ e kopantsoeng le lithara e le ’ngoe* ea oli. 5 Hape le fane ka lithara* ea veine e le nyehelo ea seno hammoho le nyehelo ea secheso+ kapa sehlabelo sa konyana ka ’ngoe e tona. 6 Bakeng sa ramo le lokela ho fana ka nyehelo ea lijo* ea phofo e sitsoeng hantle ea lilithara tse ’nè le halofo,* e kopantsoeng le oli e ka holimonyana ho lithara.* 7 Le tlise veine e ka holimonyana ho lithara* e le nyehelo ea seno e le monko o monate* ho Jehova.

8 Empa haeba u fana ka poho e tona ea mohlape e le nyehelo ea secheso+ kapa e le sehlabelo sa ho phetha boitlamo+ bo khethehileng kapa e le mahlabelo a kopanetsoeng a Jehova,+ 9 u e tlise le nyehelo ea lijo*+ ea phofo e sitsoeng hantle ea lilithara tse tšeletseng le halofo,* e kopantsoeng le oli e batlileng e lekana le lilithara tse peli.* 10 U tlise veine e batlileng e lekana le lilithara tse peli bakeng sa nyehelo ea seno,+ e le nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.* 11 Le etse joalo bakeng sa poho e ’ngoe le e ’ngoe, ramo e ’ngoe le e ’ngoe, konyana e ’ngoe le e ’ngoe e tona kapa poli e ’ngoe le e ’ngoe. 12 Le etse joalo bakeng sa phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe, ho sa tsotellehe hore na le fana ka liphoofolo tse kae. 13 Ena ke tsela eo ka eona Moiseraele e mong le e mong a lokelang ho fana ka nyehelo e chesetsoang Jehova e monko o monate.*

14 Haeba molichaba ea lulang le lona kapa eo esale a e-na le lona ka nako e telele a fana ka nyehelo ea mollo e monko o monate* ho Jehova, a etse feela joalokaha le etsa.+ 15 Lona Baiseraele* le molichaba ea lulang le lona le latele taelo e tšoanang. Ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa meloko eohle ea lona. Ka pel’a Jehova lona le balichaba lea tšoana.+ 16 Ho tla ba le molao o tšoanang le qeto ea boahloli e tšoanang bakeng sa lona le bakeng sa molichaba ea lulang le lona.’”

17 Jehova a re ho Moshe: 18 “Bua le Baiseraele ’me u re ho bona, ‘Ha le fihla naheng eo ke le isang ho eona 19 ’me le ja bohobe* ba naha+ eo, le fe Jehova monehelo. 20 Le fane ka monehelo oa mahobe a selika-likoe a lesoba hare a entsoeng ka phofo* ea pele ea lijo tsa lona tse kotutsoeng pele.+ Le fane ka monehelo oa tsona ka tsela e kang ea monehelo oa seotlo.* 21 Le fane ka e ’ngoe ea phofo* ea pele ea lijo tsa lona tse kotutsoeng pele e le monehelo ho Jehova melokong eohle ea lona.

22 Joale haeba le etsa phoso ’me le sa phethe litaelo tsena tsohle tseo Jehova a li boleletseng Moshe, 23 e leng lintho tsohle tseo Jehova a le laetseng tsona ka Moshe ho tloha letsatsing leo ka lona Jehova a laetseng meloko ea lona ho ea pele, 24 haeba phoso e entsoe ’me sechaba se sa tsebe ka eona, sechaba sohle se fane ka pohoana e le ’ngoe e le nyehelo ea secheso bakeng sa monko o monate* ho Jehova. Pohoana eo e tlisoe hammoho le nyehelo ea eona ea lijo* le nyehelo ea eona ea seno ho ea ka mokhoa o tloaelehileng+ le potsanyane e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe.+ 25 Moprista a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa sechaba sohle sa Baiseraele ’me se tla tšoareloa+ hobane e ne e le phoso ebile se tlisitse nyehelo ea sona e le nyehelo e etselitsoeng Jehova ka mollo hammoho le nyehelo ea sona ea sebe ka pel’a Jehova bakeng sa liphoso tsa sona. 26 Sechaba sohle sa Baiseraele se tla tšoareloa hammoho le molichaba ea lulang har’a sona hobane e bile phoso ea sechaba sohle.

27 Haeba motho a etsa sebe ka phoso, joale a tlise poli e tšehali e nang le selemo bakeng sa nyehelo ea sebe.+ 28 Moprista a etse sehlabelo sa tšoarelo ea libe ka pel’a Jehova bakeng sa motho ea entseng phoso ka ho etsa sebe e se ka morero e le hore a tšoareloe libe tsa hae ’me o tla tšoareloa.+ 29 Haeba le entse sebe e se ka morero, ho lokela hore ho be le molao o tšoanang bakeng sa lona* le bakeng sa molichaba ea lulang har’a lona.+

30 Empa motho ea etsang sebe ka boomo,+ ebang ke Moiseraele kapa ke molichaba o nyefola Jehova. A bolaoe har’a batho ba habo. 31 Motho eo a bolaoe kaha o nyefotse lentsoe la Jehova ’me o tlotse taelo ea hae.+ O molato bakeng sa phoso ea hae.’”+

32 Ha Baiseraele ba le lefeelleng, ba ile ba fumana monna e mong a ntse a roalla patsi ka letsatsi la Sabatha.+ 33 Ba mo fumaneng a roalla patsi ba mo tlisa ho Moshe le Arone le ho batho bohle.* 34 Ba mo beha litlamong+ hobane ho ne ho sa ka ha boleloa ka ho hlakileng hore na ho lokela hore ho etsoe eng ka eena.

35 Jehova a re ho Moshe: “Monna eo a bolaoe+ ’me batho bohle* ba mo tlepetse ka majoe ka ntle ho liahelo.”+ 36 Kahoo, batho bohle* ba mo isa ka ntle ho liahelo ’me ba mo tlepetsa ka majoe hoo a ileng a shoa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

37 Jehova a re ho Moshe: 38 “Bua le Baiseraele ’me u ba bolelle hore ba iketsetse litjobo* mophethong oa liaparo tsa bona melokong eohle ea bona ’me ba kenye khoele e putsoa ka holim’a mophetho o litjobo oa liaparo tsa bona.+ 39 ‘Le etse mophetho ona o litjobo e le hore ha le o bona le hopole litaelo tsohle tsa Jehova ebe lea li phetha.+ Le se ke la latela lipelo tsa lona le mahlo a lona hobane li etsa hore le se ke la ntšepahalla.*+ 40 Taelo ena e tla le thusa hore le hopole litaelo tsohle tsa ka le be le li phethe ’me le halalele ho Molimo oa lona.+ 41 Ke ’na Jehova Molimo oa lona ea le ntšitseng naheng ea Egepeta e le hore ke be Molimo oa lona.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona.’”+

16 Kora+ mora oa Izehare,+ mora oa Kohathe,+ mora oa Levi,+ a ema hammoho le Dathane le Abirame bara ba Eliabe+ le One mora oa Pelethe, oa bara ba Rubene.+ 2 Ba hanyetsa Moshe, ba e-na le banna ba 250 ba Baiseraele, likhosana tsa sechaba, ba khethiloeng har’a phutheho, banna ba tsebahalang. 3 Kahoo, ba bokana ho hanyetsa+ Moshe le Arone eaba ba re ho bona: “Re khathetse ke lona! Sechaba sohle sea halalela,+ kaofela ha sona ’me Jehova o har’a sona.+ Joale ke hobane’ng ha le iphahamisetsa phutheho ea Jehova?”

4 Ha Moshe a utloa sena, hang-hang a khumama ’me a inamela fatše. 5 Joale a re ho Kora le ho batšehetsi bohle ba hae: “Hoseng Jehova o tla tsebahatsa eo e leng oa hae+ le ea halalelang le ea lumelletsoeng ho mo atamela+ ’me motho eo a tla mo khetha,+ o tla lumelloa ho atamela ho eena. 6 Le etse tjena: Uena Kora le batšehetsi bohle ba hao,+ nkang lipane tsa mollo+ 7 le tšele mollo* ka har’a tsona ’me le tšele libano ho tsona ka pel’a Jehova hosane. Motho eo Jehova a tla mo khetha,+ ke eena ea halalelang. Lona bara ba Levi,+ joale le se le fetelletse!”

8 Eaba Moshe o re ho Kora: “Ke kopa le ’mamele lona bara ba Levi. 9 Na le nka e le ntho e nyenyane hore ebe Molimo oa Iseraele o le arotse ho sechaba sa Iseraele,+ o le lumelletse hore le atamele ho eena e le hore le ka etsa tšebeletso ea tabernakele ea Jehova le ho ema ka pel’a sechaba ho se sebeletsa?+ 10 Na le nka e le ntho e nyenyane hore ebe o entse hore lona hammoho le bana ba bo lona bohle, lona bara ba Levi, le atamele haufi le eena? Na le boetse le batla ho leka ho fumana boprista?+ 11 Ka lebaka leo, uena le batšehetsi bohle ba hao ba bokaneng le hanyetsa Jehova. Ha e le Arone, e ne e boetse e le mang hore le mo korotlele?”+

12 Hamorao Moshe a romeletsa hore ho bitsoe Dathane le Abirame+ bara ba Eliabe empa ba re: “Re ke ke ra tla! 13 Na ke ntho e nyenyane hore ebe u re ntšitse naheng e phallang lebese le mahe a linotši ho tla re bolaela lefeelleng?+ Na joale u boetse u batla ho re busa ka ho feletseng?* 14 E kae naha e phallang lebese le mahe a linotši+ eo u itseng u tla re isa ho eona e le hore u re fe lefa la naha le serapa sa morara? Na u tla honya mahlo a banna bao? Re ke ke ra tla!”

15 Kahoo, Moshe a halefa haholo ’me a re ho Jehova: “U se ke oa amohela nyehelo ea bona ea lijo.* Ha kea nka leha e le tonki e le ’ngoe ea bona kapa ka lematsa le ea mong oa bona.”+

16 Joale Moshe a re ho Kora: “Hosane u itlhahise le batšehetsi bohle ba hao ka pel’a Jehova, uena le bona le Arone. 17 E mong le e mong a nke pane ea hae ea mollo ’me a tšele libano ka har’a eona ’me e mong le e mong a hlahise pane ea hae ea mollo ka pel’a Jehova, e be lipane tsa mollo tse 250. Uena hammoho le Arone le nke lipane tsa lona tsa mollo.” 18 Kahoo, e mong le e mong oa bona a nka pane ea hae ea mollo ’me ba tšela mollo* le libano ka har’a tsona eaba ba ema monyako oa tente ea pokano hammoho le Moshe le Arone. 19 Ha Kora a se a bokeletse batšehetsi+ ba hae ho tla hanyetsana le Moshe le Arone monyako oa tente ea pokano, khanya ea Jehova ea bonahala ho sechaba sohle.+

20 Joale Jehova a re ho Moshe le Arone: 21 “Ikaroleng ho sehlopha sena e le hore ke se felise hang-hang.”+ 22 Kahoo, ba khumama ’me ba inamisa lihlooho, ba re: “Oho hle Molimo, uena ea fanang ka bophelo ho batho bohle,+ na sebe sa motho a le mong se tla etsa hore u halefele sechaba sohle?”+

23 Eaba Jehova o re ho Moshe: 24 “Bua le sechaba ’me u re ho sona, ‘Tlohang litenteng tsa Kora, Dathane le Abirame!’”+

25 Moshe a ema a ea ho Dathane le Abirame. Baholo+ ba Iseraele ba ea le eena. 26 A re ho sechaba: “Ke kopa le tlohe pel’a litente tsa banna bana ba khopo ’me le se ke la thetsa ntho leha e le efe ea bona e le hore le se ke la felisoa ka lebaka la libe tsa bona.” 27 Kapele-pele ba tloha pel’a litente tsa Kora, Dathane le Abirame ka mahlakoreng ’ohle. Eaba Dathane le Abirame baa tsoa ’me ba ema menyako ea litente tsa bona hammoho le basali ba bona, bara ba bona le bana ba bona ba banyenyane.

28 Joale Moshe a re: “Le tla tseba ka sena hore Jehova o nthometse ho etsa lintho tsena tsohle le hore ha li itsoele pelong ea ka:* 29 Haeba batho bana ba shoa ka tsela e tloaelehileng joaloka batho ba bang kaofela ’me haeba ba fuoa kotlo e tšoanang le ea batho bohle, joale etlaba ha kea rongoa ke Jehova.+ 30 Empa haeba Jehova a etsa ntho e sa tloaelehang ka bona ’me lefatše le buleha* le ba koenya hammoho le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bona ’me ba theohela Lebitleng* ba ntse ba phela, le tla tseba hore banna bana ba hlomphollotse Jehova.”

31 Hang ha a qeta ho bua mantsoe ana ’ohle, lefatše le tlas’a bona la petsoha.+ 32 Lefatše la buleha* ’me la ba koenya hammoho le malapa a bona, batho bohle ba Kora+ le thepa eohle ea bona. 33 Kahoo, bona hammoho le bohle ba neng ba ba tšehetsa ba theohela Lebitleng* ba phela, lefatše la ba koahela ’me ba ile ba felisoa har’a phutheho.+ 34 Baiseraele bohle ba neng ba ba potolohile ba baleha ha ba utloa ba hoeletsa. Ba ne ba re: “Re tšaba hore lefatše le ka tloha la re koenya!” 35 Eaba ho ba le mollo o tsoang ho Jehova+ ’me oa chesa banna ba 250 ba neng ba nyehela libano.+

36 Jehova a re ho Moshe: 37 “Bolella Eleazare mora oa moprista Arone hore a ntše lipane tsa mollo+ ka har’a mollo hobane lia halalela. Hape u mo bolelle hore a qhalle mollo* oo hole. 38 Lipane tsa mollo tsa banna bao ba entseng sebe eaba baa shoa, li etsoe masenke a masesaane a tla manehoa aletareng+ hobane ba li hlahisitse ka pel’a Jehova ’me li ile tsa halalela. E lokela ho ba pontšo ho Baiseraele.”+ 39 Kahoo, moprista Eleazare a nka lipane tsa mollo tsa koporo tse neng li hlahisitsoe ke ba ileng ba chesoa ’me a li tula bakeng sa ho li manamisa aletareng 40 feela joalokaha Jehova a ne a buile le eena ka Moshe. E ne e le ntho e hopotsang Baiseraele hore motho ea sa lumelloang* ha aa lokela ho atamela hore a chese libano ka pel’a Jehova,+ le hore ho se ke ha e-ba le motho ea tšoanang le Kora le batšehetsi ba hae.+

41 Letsatsing le hlahlamang, Baiseraele kaofela ba qala ho korotlela Moshe le Arone+ ba re: “Lona ba babeli, le bolaile batho ba Jehova.” 42 Ha batho ba se ba bokane hammoho ba hanyetsana le Moshe le Arone, ba sheba tente ea pokano ’me e ne e koahetsoe ke leru eaba khanya ea Jehova ea bonahala.+

43 Moshe le Arone ba ea ka pel’a tente ea pokano+ 44 ’me Jehova a re ho Moshe: 45 “Tlohang har’a batho bana e le hore ke ba felise hang-hang.”+ Ha ba utloa sena ba khumama ’me ba inamisa lihlooho.+ 46 Eaba Moshe o re ho Arone: “Nka pane ea mollo ’me u tšele mollo* o tsoang aletareng+ ka ho eona. U tšele libano holim’a oona ebe u ea ho sechaba ka potlako, u se etsetse sehlabelo sa tšoarelo ea libe+ hobane Jehova o halefile haholo. Boloetse bo kotsi bo qalile!” 47 Hang-hang Arone a e nka feela joalokaha Moshe a ne a buile ’me a mathela har’a phutheho. Boloetse bo ne bo se bo qalile har’a sechaba. Kahoo, a tšela libano ka har’a pane ea mollo ’me a etsetsa sechaba sehlabelo sa tšoarelo ea libe. 48 A ema pakeng tsa ba shoeleng le ba phelang ’me qetellong boloetse bo bolaeang ba fela. 49 Batho ba ileng ba bolaoa ke boloetse boo ba ne ba le 14 700, ntle le batho ba shoeleng ka lebaka la Kora. 50 Qetellong ha Arone a khutlela ho Moshe monyako oa tente ea pokano, boloetse bo bolaeang bo ne bo felile.

17 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Baiseraele ’me u nke molamu o le mong lelokong le leng le le leng la bona, ho likhosana tsa leloko ka leng+ ’me kaofela e be melamu e 12. U ngole lebitso la e mong le e mong molamung oa hae. 3 U ngole lebitso la Arone molamung oa Levi hobane ho na le molamu o le mong bakeng sa hlooho ea leloko ka leng. 4 U behe melamu eo ka tenteng ea pokano ka pel’a Bopaki,+ moo ke itlhahisang teng ho uena kamehla.+ 5 Molamu oa monna eo ke mo khethang+ o tla ba le lithunthung ’me ke tla etsa hore Baiseraele ba khaotse ho nkorotlela+ joalokaha le lona ba le korotlela.”+

6 Kahoo, Moshe a bua le Baiseraele ’me likhosana tsohle tsa bona tsa mo fa melamu, molamu bakeng sa khosana e ’ngoe le e ’ngoe ea leloko ka leng, ea e-ba melamu e 12 ’me molamu oa Arone o ne o le har’a melamu ea bona. 7 Joale Moshe a beha melamu eo ka pel’a Jehova ka tenteng ea Bopaki.

8 Ka letsatsi le hlahlamang, ha Moshe a kena ka tenteng ea Bopaki, a bona molamu oa Arone o emelang lelapa la Levi o e-na le lithunthung, o hlahisitse lithunthung, o thuntse lipalesa o bile o e-na le lialmonde tse butsoitseng. 9 Joale Moshe a ntša melamu eohle ka pel’a Jehova a e tlisa ho batho bohle ba Iseraele. Ba e sheba ’me monna e mong le e mong a nka molamu oa hae.

10 Eaba Jehova o re ho Moshe: “Khutlisetsa molamu oa Arone+ ka pel’a Bopaki hore o bolokoe e le pontšo+ bakeng sa marabele+ e le hore ba tle ba khaotse ho nkorotlela le hore ba se ke ba shoa.” 11 Hang-hang Moshe a etsa feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse. A fela a etsa joalo.

12 Baiseraele ba re ho Moshe: “Joale re tl’o shoa, re tl’o felisoa, kaofela re tl’o felisoa. 13 Mang kapa mang ea atamelang tabernakele ea Jehova o tla shoa.+ Na re tla qetella re shoele ka tsela eo?”+

18 Jehova a re ho Arone: “Uena le bara ba hao hammoho le litloholo tsa hao le tla ikarabella ka liphoso tse etsoang sehalalelong+ ’me uena le bara ba hao le tla ikarabella ka liphoso tse tla etsahala mosebetsing oa lona oa boprista.+ 2 Hape u atametse bana beno ba leloko la Levi, leloko la ntate oa hao e le hore ba u thuse ’me ba sebeletse uena+ le bara ba hao ka pel’a tente ea Bopaki.+ 3 Ba tla etsa mosebetsi oo u ba fang oona hammoho le mosebetsi o amanang le tšebeletso eohle ea tente.+ Leha ho le joalo, ba se ke ba atamela lisebelisoa tsa sebaka se halalelang le aletare e le hore uena le bona le se ke la shoa.+ 4 Ba tla u thusa ’me ba etse mesebetsi ea bona e amanang le tente ea pokano le tšebeletso eohle ea tente. Motho ea sa lumelloang* a se ke a le atamela.+ 5 Le etse mosebetsi oa lona oa sebaka se halalelang+ le oa aletare+ e le hore ke se ke ka halefela+ batho ba Iseraele le ho feta. 6 Ke nkile bana ba bo lona, e leng Balevi, har’a Baiseraele e le mpho ea lona.+ Ba filoe Jehova hore ba etse tšebeletso ea tente ea pokano.+ 7 Boikarabelo ba hao le ba bara ba hao ke ho etsa mesebetsi ea lona ea boprista e amanang le aletare le se ka har’a kharetene.+ Le lokela ho etsa tšebeletso ena.+ Ke le file tšebeletso ea boprista e le mpho. Motho ea sa lumelloang* ea tla atamela sehalalelo, o tla bolaoa.”+

8 Jehova a tsoela pele ho bua le Arone a re: “Ke u fa boikarabelo ba ho hlokomela menehelo eo ke e etsetsoang.+ Ke file uena le bara ba hao karolo ea lintho tsohle tse halalelang tseo Baiseraele ba faneng ka tsona e le kabelo eo le tla lula le e fumana.+ 9 Ho linyehelo tse halalelang ka ho fetisisa tse chesoang ka mollo, tsena e tla ba tsa hao: Linyehelo tsohle tseo ba li etsang, ho akarelletsa le linyehelo tsa bona tsa lijo*+ le linyehelo tsa bona tsa sebe+ le linyehelo tsa bona tsa molato+ tseo ba tla li tlisa ho ’na. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hao le bakeng sa bara ba hao. 10 U e jelle sebakeng se halalelang ka ho fetisisa.+ Bohle ba batona ba ka e ja. E tla ba ntho e halalelang ho uena.+ 11 Lintho tsena le tsona ke tsa hao: Limpho tseo ba fanang ka tsona+ hammoho le linyehelo tsohle tse tsokoang+ tsa Baiseraele. Ke li file uena le bara ba hao le barali ba hao e le kabelo eo le tla lula le e fumana.+ E mong le e mong ea hloekileng ka tlung ea hao a ka li ja.+

12 Lihlahisoa tsa bona tsa pele tseo ba li fang Jehova tsa oli eohle e ntlehali,+ veine eohle e ncha e monate ka ho fetisisa le koro,* ke u fa tsona.+ 13 Lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng tsa lintho tsohle tse tsoang naheng ea bona tseo ba tla li tlisa ho Jehova, e tla ba tsa hao.+ E mong le e mong ea hloekileng ka tlung ea hao a ka li ja.

14 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nehetsoeng ho Molimo Iseraeleng* ke ea hao.+

15 Letsibolo le leng le le leng la lintho tsohle tse phelang+ leo ba le hlahisang ho Jehova, ebang ke la motho kapa la phoofolo, e tla ba la hao. Leha ho le joalo, u lopolle matsibolo+ a batho le matsibolo a liphoofolo tse sa hloekang.+ 16 U lopolle matsibolo ao ka tefo ea topollo ha a e-na le khoeli ho ea holimo, ka tefo e lekantsoeng ea likramo tse 57* tsa silevera,+ ho ea ka tekanyo e sebelisoang sebakeng se halalelang.* Tekanyo e sebelisoang e lekana le likramo tse ka bang 11.* 17 Ke feela letsibolo la poho kapa letsibolo la konyana e tona kapa letsibolo la poli leo u sa lokelang ho le lopolla.+ Ke lintho tse halalelang. U fafatse mali a tsona aletareng+ ’me u etse hore mafura a tsona a kubelle e le nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.*+ 18 Nama ea tsona e lokela ho ba ea hao joaloka sefuba sa nyehelo e tsokoang le joaloka leoto le letona.+ 19 Menehelo eohle e halalelang eo Baiseraele ba tla e nehela ho Jehova,+ ke u file eona le bara ba hao le barali ba hao e le kabelo eo le tla lula le e fumana.+ Ke selekane sa letsoai* se tla lula se le teng ka pel’a Jehova bakeng sa hao hammoho le bana ba hao.”

20 Jehova a re ho Arone: “U ke ke oa ba le lefa naheng ea bona ’me ha ho karolo ea naha ea bona eo e tla ba ea hao.+ Ke ’na karolo ea hao le lefa la hao har’a Baiseraele.+

21 Ke file bara ba Levi karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea leshome+ Iseraeleng e le lefa bakeng sa tšebeletso eo ba e etsang, e leng tšebeletso ea tente ea pokano. 22 Batho ba Iseraele ba se ke ba hlola ba atamela tente ea pokano, ho seng joalo ba tla ba le sebe ’me ba tla shoa. 23 Balevi ba etse tšebeletso ea tente ea pokano. Ke bona ba tla arabella liphoso tsa batho ba Iseraele.+ Taelo ea hore ha baa lokela ho ba le lefa har’a Baiseraele, e tla lula e le teng melokong eohle ea lona.+ 24 Lefa leo ke le fileng Balevi ke karolo ea leshome eo batho ba Iseraele ba faneng ka eona, eo ba tla e fa Jehova. Ke ka lebaka leo ke itseng ho bona, ‘Ha baa lokela ho ba le lefa har’a Baiseraele.’”+

25 Eaba Jehova o re ho Moshe: 26 “U re ho Balevi, ‘Baiseraele ba tla le fa karolo ea leshome eo ke le fileng eona bakeng sa lefa la lona+ ’me ho tsoa karolong eo ea leshome le lokela ho nehela karolo ea leshome e le monehelo ho Jehova.+ 27 E tla nkoa e le monehelo oa lona, joalokaha eka ke koro* ea seotlong+ kapa lihlahisoa tse feletseng tsa sehatelo sa veine kapa sa oli. 28 Ka tsela ena le lona le tla fana ka monehelo ho Jehova bakeng sa likarolo tsohle tsa leshome tseo le li amohelang ho Baiseraele ’me ho tsoa ho tsona le lokela ho fana ka monehelo bakeng sa Jehova o eang ho moprista Arone. 29 Le nehele ho Jehova monehelo oa mofuta o mong le o mong ho tsoa ho limpho tsohle tse ntlehali tseo le li filoeng+ e le ntho e halalelang.’

30 U re ho bona, ‘Ha le fana ka tse ntlehali tsa tsona, tse salang e tla ba tsa lona Balevi joalokaha eka ke lihlahisoa tsa seotlo sa lona le lihlahisoa tsa sehatelo sa lona sa veine kapa sa oli. 31 Lona le ba ntlo ea lona le ka li jella sebakeng se seng le se seng hobane ke moputso oa lona bakeng sa tšebeletso ea lona eo le e etsang tenteng ea pokano.+ 32 Le ke ke la ba le sebe ho sena hafeela le nehela tse ntlehali tsa tsona ’me le se ke la silafatsa lintho tse halalelang tsa Baiseraele, ho seng joalo le tla shoa.’”+

19 Jehova a boela a bua le Moshe le Arone a re: 2 “Ona ke molao oo Jehova a faneng ka oona a re, ‘Bolella Baiseraele hore ba le nkele khomo e phetseng hantle e ’mala o mofubelu* e se nang bokooa+ le e sa kang ea jara joko. 3 Le e fe moprista Eleazare, a e ise ka ntle ho liahelo ’me e hlajoe ka pel’a hae. 4 Joale moprista Eleazare a nke mali a mang a eona ka monoana ’me a fafatse mali a eona ka makhetlo a supileng ka ho toba ka pel’a tente ea pokano.+ 5 Ka mor’a moo, khomo eo e chesoe ka pel’a mahlo a hae. Lekoko la eona, nama ea eona, mali a eona hammoho le bolokoe ba eona li chesoe.+ 6 Moprista a nke patsi ea kedare, hisopa*+ le lesela le lefubelu* ’me a li lahlele ka mollong oo khomo e chesetsoang ho oona. 7 Ka mor’a moo, moprista a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe ka metsi ebe o kena liahelong. Empa moprista o tla be a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.

8 Ea chesitseng khomo o tla hlatsoa liaparo tsa hae metsing ’me a itlhatsoe ka metsi ’me o tla be a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.

9 Motho ea hloekileng a bokelle molora oa khomo+ eo ’me a o behe ka ntle ho liahelo sebakeng se hloekileng ’me sechaba sa Baiseraele se o boloke e le hore se tle se o tsoake le metsi a tla sebelisetsoa ho hloekisa.+ Ke nyehelo ea sebe. 10 Ea bokellang molora oa khomo a hlatsoe liaparo tsa hae ebe o lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.

Ena e tla ba taelo e tla lula e le teng ho Baiseraele le ho balichaba ba lulang har’a bona.+ 11 Mang kapa mang ea thetsang motho ea shoeleng o tla lula a sa hloeka ka matsatsi a supileng.+ 12 Ka letsatsi la boraro motho eo o lokela ho itlhoekisa ka metsi a hloekisang ’me ka letsatsi la bosupa o tla hloeka. Empa haeba a sa itlhoekise ka letsatsi la boraro, ka letsatsi la bosupa a ke ke a hloeka. 13 Motho e mong le e mong ea thetsang setopo sa motho ’me a sa itlhoekise, o silafalitse tabernakele ea Jehova+ ’me motho eo a bolaoe Iseraele.+ O tla lula a sa hloeka hobane ha aa ka a fafatsoa ka metsi a hloekisang.+

14 Ona ke molao o tla sebelisoa haeba motho a ka shoella ka tenteng: Motho e mong le e mong ea kenang ka tenteng le e mong le e mong ea neng a se a le ka tenteng o tla lula a sa hloeka ka matsatsi a supileng. 15 Lijana tsohle tse sa koaheloang ka sekoahelo se fasellelitsoeng ho tsona ha lia hloeka.+ 16 Motho e mong le e mong ea naheng ea thetsang motho ea bolailoeng ka sabole kapa ea thetsang setopo, lesapo la motho ea shoeleng kapa lebitla, o tla lula a sa hloeka ka matsatsi a supileng.+ 17 Ba nkele motho ea sa hloekang o mong oa molora oa nyehelo ea sebe e ileng ea chesoa ’me ba tšele metsi a macha holim’a oona ka sejaneng. 18 Joale motho ea hloekileng+ a nke hisopa+ ’me a e qopetse ka har’a metsi ’me ka oona a fafatse tente le lijana tsohle hammoho le batho ba neng ba le moo le motho ea ammeng masapo a motho ea shoeleng kapa ea ammeng motho ea bolailoeng kapa setopo kapa lebitla. 19 Motho ea hloekileng a fafatse ea sa hloekang ka oona ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa.+ A mo hloekise sebeng ka letsatsi la bosupa, ka mor’a moo a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe ka metsi ’me o tla hloeka mantsiboea.

20 Empa motho ea sa hloekang ’me a sa itlhoekise, a bolaoe har’a phutheho+ hobane o silafalitse sehalalelo sa Jehova. Ha aa ka a fafatsoa ka metsi a hloekisang, kahoo ha aa hloeka.

21 Taelo ena e tla lula e le teng bakeng sa bona: Ea fafatsang metsi a hloekisang a hlatsoe liaparo tsa hae ’me ea thetsang metsi a hloekisang,+ o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 22 Ntho leha e le efe eo motho ea sa hloekang a e thetsang e tla lula e sa hloeka ’me motho ea e thetsang o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.’”+

20 Ka khoeli ea pele, sechaba sohle sa Baiseraele sa fihla lefeelleng la Zine ’me sa lula Kadeshe.+ Ke hona moo Miriame+ a ileng a shoella teng ’me a patoa teng.

2 Joale ho ne ho se na metsi bakeng sa sechaba+ eaba se ikopanya hore se hanyetse Moshe le Arone. 3 Sechaba sa qabana le Moshe+ sa re: “Hoja ra shoa ha bana ba bo rona ba ne ba shoella ka pel’a Jehova. 4 Ke hobane’ng ha le tlisitse phutheho ea Jehova lefeelleng lee hore re tl’o shoella moo le liphoofolo tsa rona?+ 5 Ke hobane’ng ha le re ntšitse Egepeta la re tlisa sebakeng see se sebe?+ Ha se sebaka seo re ka lemang peo ho sona, lifeie,* lifate tsa morara le likharenate ebile ha ho na metsi a nooang.”+ 6 Moshe le Arone ba tloha ka pel’a phutheho ba tla monyako oa tente ea pokano, ba fihla ba khumama ba inamisitse lihlooho eaba khanya ea Jehova e qala ho bonahala ho bona.+

7 Eaba Jehova o re ho Moshe: 8 “Nka molamu ebe uena le abuti oa hao Arone le bokella sechaba. Le bue le lefika e le hore le fane ka metsi sechaba se ntse se shebile. Metsi a tla tsoa lefikeng, le a fe sechaba le liphoofolo tsa sona e le hore li noe.”+

9 Kahoo, Moshe a nka molamu ka pel’a Jehova+ feela joalokaha a ne a mo laetse. 10 Eaba Moshe le Arone ba bitsetsa phutheho ka pel’a lefika. Moshe a re ho eona: “Mamelang lona marabele! Re le ntšetse metsi lefikeng lee?”+ 11 Moshe a phahamisa letsoho a otla lefika habeli ka molamu oa hae. Metsi a tsoa a le mangata eaba sechaba se noa metsi le liphoofolo tsa sona.+

12 Hamorao Jehova a re ho Moshe le Arone: “Kaha ha lea ka la bontša tumelo ho ’na le ho nkhalaletsa ka pel’a sechaba sa Iseraele, le ke ke la kenya phutheho ena naheng eo ke tla e fa eona.”+ 13 Ana ke metsi a Meriba*+ moo Baiseraele ba ileng ba qabana le Jehova, hoo a ileng a ikhalaletsa har’a bona.

14 Ka mor’a moo, Moshe a romela baromuoa hore ba ee ho morena oa Edomo+ ha ba le Kadeshe ba re: “Ngoan’eno Iseraele+ o re, ‘U tseba hantle litsietsi tsohle tse re hlahetseng. 15 Bo-ntate ba rona ba ile ba ea Egepeta+ ’me ra lula Egepeta ka lilemo* tse ngata+ ’me Baegepeta ba re tšoara hampe le bo-ntate ba rona.+ 16 Qetellong ra hoeletsa ho Jehova+ eaba oa re utloa ’me a romela lengeloi+ ho re ntša Egepeta ’me ke rona bana re Kadeshe, motse o qetellong ea naha ea hao. 17 Re kopa u re lumelle hore re fete naheng ea hao. Re ke ke ra feta har’a masimo a hao kapa har’a lirapa tsa hao tsa morara ebile re ke ke ra noa metsi a liliba tsa hao. Re tla tsamaea Tseleng ea Morena* re sa khelohele ka ho le letona kapa ka ho le letšehali ho fihlela re fetile naheng ea hao.’”+

18 Leha ho le joalo, morena oa Edomo a re ho bona: “Le se ke la feta naheng ea ka. Haeba le ka feta ke tla le hlasela.” 19 Baiseraele ba re ho eena: “Re tla nyoloha ka tsela e kholo ’me haeba rona le liphoofolo tsa rona re noa metsi a hao, re tla a patala.+ Ha re batle letho le leng haese hore re fete re itsamaela ka maoto.”+ 20 Ho ntse ho le joalo a re: “Le se ke la feta.”+ Eaba morena oa Edomo oa tsoa ho tla kopana le bona a e-na le batho ba bangata le lebotho la sesole* le matla. 21 Morena oa Edomo a hana ho lumella Baiseraele hore ba fete naheng ea hae. Kahoo Baiseraele ba mo tlohela.+

22 Sechaba sohle sa Iseraele sa tloha Kadeshe ’me sa fihla Thabeng ea Hore.+ 23 Ha Moshe le Arone ba le Thabeng ea Hore, qetellong ea naha ea Edomo, Jehova a re ho bona: 24 “Arone o tla shoa.*+ A ke ke a kena naheng eo ke tla e fa Baiseraele hobane ka bobeli ba lona le fetohetse taelo ea ka mabapi le metsi a Meriba.+ 25 Nka Arone le mora oa hae Eleazare ’me u ba nyollele Thabeng ea Hore. 26 U hlobolise Arone liaparo*+ tsa hae u li apese mora oa hae Eleazare+ ’me Arone o tla shoella moo.”

27 Kahoo, Moshe a etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse ’me ba hloa Thaba ea Hore sechaba sohle se ba shebile. 28 Joale Moshe a hlobolisa Arone liaparo tsa hae ’me a li apesa mora oa hae Eleazare. Ka mor’a moo, Arone a shoella moo ka holim’a thaba.+ Eaba Moshe le Eleazare ba theoha thabeng. 29 Ha sechaba sohle se bona hore Arone o shoele, Baiseraele bohle ba llela Arone ka matsatsi a 30.+

21 Ha morena oa Arade+ oa Mokanana ea neng a lula Negebe a utloa hore Baiseraele ba tlile ka tsela ea Atharime, a loantša Baiseraele ’me a nka ba bang ba bona hore e be batlamuoa. 2 Kahoo, Baiseraele ba itlama ho Jehova ’me ba re: “Haeba u ka fana ka batho bana matsohong a rona, re tla felisa metse ea bona.” 3 Kahoo, Jehova a mamela lentsoe la Baiseraele ’me a fana ka Bakanana ho bona eaba ba ba felisa hammoho le metse ea bona. Kahoo, ba reha sebaka seo lebitso la Horma.*+

4 Ha batho ba ntse ba tsamaea ho tloha Thabeng ea Hore+ ka tsela ea Leoatle le Lefubelu e le hore ba potolohe naha ea Edomo,+ ba qala ho khathala ka lebaka la leeto. 5 Sechaba sa ’na sa bua Molimo le Moshe+ hampe sa re: “Ke hobane’ng ha le re ntšitse naheng ea Egepeta hore re tl’o shoella lefeelleng? Ha ho na lijo le metsi+ ’me re hloile* bohobe bona bo nyatsehang.”+ 6 Kahoo, Jehova a romela linoha tse chefo har’a sechaba ’me tsa ’na tsa loma sechaba, hoo Baiseraele ba bangata ba ileng ba shoa.+

7 Kahoo, sechaba sa tla ho Moshe sa re: “Re entse sebe ka ho bua Jehova le uena hampe.+ Re buelle ho Jehova e le hore a tlose linoha ho rona.” Eaba Moshe o buella sechaba.+ 8 Joale Jehova a re ho Moshe: “Etsa setšoantšo sa noha e chefo ’me u e behe holim’a palo. Haeba motho a lonngoe, o tla e sheba e le hore a tsoele pele a phela.” 9 Hang-hang Moshe a etsa noha ea koporo+ eaba o e beha holim’a palo.+ Ha noha e lomme motho ’me motho eo a sheba noha ea koporo, o ne a phela.+

10 Ka mor’a moo, Baiseraele ba tloha ’me ba hloma litente tsa bona Obothe.+ 11 Joale ba tloha Obothe ’me ba hloma litente tsa bona Iye-abarime+ lefeelleng le shebaneng le Moabe, ho elella ka bochabela. 12 Ho tloha moo ba tsamaea ’me ba hloma litente tsa bona pel’a Khohlo* ea Zerede.+ 13 Ha ba tloha moo ba tsamaea ’me ba hloma litente tsa bona sebakeng sa Arnone+ se lefeelleng le nammeng ho tloha moeling oa Baamore, etsoe Arnone ke moeli oa Moabe, pakeng tsa Moabe le Baamore. 14 Ke ka lebaka leo buka ea Lintoa tsa Jehova e buang ka “Vahebe e Sufa le likhohlo* tsa Arnone. 15 Arnone e ea sebakeng sa Are le linokana tsa eona ’me e itšetlehile ka moeli oa Moabe.”

16 Ka mor’a moo ba ea Beere. Sena ke seliba seo ho sona Jehova a itseng ho Moshe: “Bokella sechaba ’me ke se fe metsi.”

17 Ka nako eo, Baiseraele ba bina pina ena:

“Hlaha, Uena seliba! Arabelang ho sona!*

18 Seliba se chekiloeng ke likhosana, se epiloeng ke bahlomphehi ba sechaba,

Ka molamu oa molaoli le ka melamu ea bona.”

Eaba ba tloha lefeelleng ba ea Matana, 19 ho tloha Matana ba ea Nahaliele ’me ho tloha Nahaliele ba ea Bamothe.+ 20 Ba tloha Bamothe ba ea khohlong e naheng* ea Moabe,+ ka holim’a Pisga,+ e hlahellang ka holim’a Jeshimone.*+

21 Baiseraele ba romela baromuoa ho Sihone, morena oa Baamore ba re:+ 22 “Re lumelle hore re fete naheng ea hao. Re ke ke ra khelohela tšimong kapa serapeng sa morara. Re ke ke ra noa metsi a seliba leha e le sefe. Re tla tsamaea Tseleng ea Morena* ho fihlela re fetile naheng ea hao.”+ 23 Empa Sihone ha aa ka a lumella Baiseraele hore ba fete naheng ea hae. Ho e-na le hoo, Sihone o ile a bokella batho bohle ba hae ’me a tsoa ho ea loantša Baiseraele lefeelleng ’me a fihla Jahaze eaba o qala ho loana le Baiseraele.+ 24 Empa Baiseraele ba ile ba mo hlola ka sabole+ ’me ba hapa naha+ ea hae ho tloha Arnone+ ho ea Jaboke,+ haufi le Baamone hobane Jazere+ ke moeli oa naha ea Baamone.+

25 Baiseraele ba hapa metse ena eohle, ’me ba qala ho lula metseng eohle ea Baamore,+ Heshbone le metsaneng eohle e haufi* le eona. 26 Heshbone e ne e le motse oa morena Sihone, e leng morena oa Baamore, ea neng a kile a loana le morena oa Moabe ’me a hapa naha eohle ea hae ho ea fihla Arnone. 27 Ke kahoo ho ileng ha e-ba le maele a kobisang a reng:

“Tloo motseng oa Heshbone.

Motse oa Sihone o ke o hahoe ’me o thehoe ka matla.

28 Mollo o ile oa tsoa Heshbone, lelakabe motseng oa Sihone.

O chesitse Are ea Moabe, marena a libaka tse phahameng tsa Arnone.

29 Ho malimabe uena, Moabe. Le tla felisoa, Lona batho ba Kemoshe.+

O etsa hore bara ba hae e be babalehi le hore barali ba hae e be batlamuoa ba Sihone morena oa Baamore.

30 A re ba hlaseleng,

Heshbone e tla felisoa ho fihlela Dibone,+

A re e feliseng ho fihlela Nofa,

Mollo o tla tuka ho fihlela Medeba.”+

31 Kahoo, Baiseraele ba qala ho lula naheng ea Baamore. 32 Joale Moshe a romela banna ba bang ho ea hloela* motse oa Jazere.+ Ba ile ba hapa metsana e haufi* le oona ’me ba leleka Baamore ba neng ba le moo. 33 Ka mor’a moo, ba tsamaea ka Tsela ea Bashane. Oge+ morena oa Bashane a tsoa le batho bohle ba hae ho ea ba loantša motseng oa Edrei.+ 34 Jehova a re ho Moshe: “U se ke oa mo tšaba+ hobane ke tla fana ka eena le batho bohle ba hae le naha ea hae letsohong la hao+ ’me u tla mo etsa seo u neng u se etse Sihone morena oa Baamore, ea neng a lula Heshbone.”+ 35 Kahoo, ba ’na ba mo loantša hammoho le bara ba hae le batho bohle ba hae, ho fihlela batho bohle ba hae ba shoele+ eaba ba hapa naha ea hae.+

22 Baiseraele ba tsamaea ’me ba hloma litente tsa bona lehoatateng la Moabe ka pel’a Jordane ba shebane le Jeriko.+ 2 Balake+ mora oa Zipore a bona sohle seo Baiseraele ba neng ba se entse Baamore 3 ’me Bamoabe ba tšoha sechaba seo haholo hobane se ne se le sengata. Bamoabe ba ne ba thothomela ke tšabo ka lebaka la Baiseraele.+ 4 Kahoo, Bamoabe ba re ho baholo ba Midiane:+ “Sechaba sena se tla qeta libaka tsohle tsa rona tse re potolohileng feela joalokaha poho e qeta joang bo naheng.”

Balake mora oa Zipore e ne e le morena oa Moabe ka nako eo. 5 A romela baromuoa hore ba bitse Balame mora oa Beore sebakeng sa Pethore,+ se pel’a Noka* e naheng ea habo a re: “Ho na le sechaba se tsoileng Egepeta. Se koahetse lefatše*+ ’me se lutse ka pel’a ka. 6 Joale ka kopo, tloo u bitsetse sechaba sena bomalimabe bakeng sa ka+ kaha se matla ho mpheta. Mohlomong nka se hlola ’me ke se leleke naheng hobane ke tseba hantle hore eo u mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse ’me eo u mo bitsetsang bomalimabe o oeloa ke bomalimabe.”

7 Kahoo, baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tsamaea ba nkile tefo ea bonohe matsohong a bona ’me ba ea ho Balame+ eaba ba mo bolella molaetsa oa Balake. 8 Eaba o re ho bona: “Lulang mona bosiung bona ’me ke tla le bolella lentsoe leha e le lefe leo Jehova a mpolellang lona.” Kahoo, likhosana tsa Moabe tsa lula le Balame.

9 Joale Molimo a tla ho Balame ’me a re:+ “Banna baa ba nang le uena ke bo-mang?” 10 Balame a re ho Molimo oa ’nete: “Balake mora oa Zipore, morena oa Moabe, o rometse molaetsa ho ’na a re, 11 ‘Sechaba se tsoang Egepeta se koahetse lefatše.* Joale tloo ’me u se bitsetse bomalimabe bakeng sa ka.+ Mohlomong nka khona ho se loantša ’me ke se leleke.’” 12 Empa Molimo a re ho Balame: “U se ke oa tsamaea le bona. U se ke oa bitsetsa sechaba seo bomalimabe hobane se hlohonolofalitsoe.”+

13 Balame a tsoha hoseng ’me a re ho likhosana tsa Balake: “Khutlelang naheng ea habo lona hobane Jehova o hanne ha ke tsamaea le lona.” 14 Kahoo, likhosana tsa Moabe tsa tsamaea ’me tsa khutlela ho Balake eaba li re: “Balame o hanne ho tla le rona.”

15 Leha ho le joalo, Balake a boela a romela likhosana, a romela tse ngata le tse hlomphehang ho feta tsa pele. 16 Tsa fihla ho Balame ’me tsa re ho eena: “Balake mora oa Zipore o itse, ‘Ke kopa hore u se ke oa lumella letho ho u thibela ho tla ho ’na 17 hobane ke tla u fa moputso o moholo ’me ke tla etsa ntho leha e le efe eo u reng ke e etse. Kahoo, ka kopo tloo ’me u bitsetse sechaba sena bomalimabe bakeng sa ka.’” 18 Empa Balame a araba bahlanka ba Balake a re: “Le haeba Balake a ne a ka mpha ntlo ea hae e tletseng silevera le khauta, ke ne nke ke ka etsa letho leo Jehova Molimo oa ka a sa ntaelang hore ke le etse ebang e le ntho e nyenyane kapa e kholo.+ 19 Empa ka kopo le lona salang mona bosiung bona, e le hore ke tle ke utloe hore na ke’ng hape eo Jehova a tla mpolella eona.”+

20 Joale Molimo a tla ho Balame bosiu eaba o re ho eena: “Haeba banna bana ba tlil’o u bitsa, tsamaea le bona. Empa u bue feela mantsoe ao ke tla u bolella ’ona.”+ 21 Kahoo, Balame a tsoha hoseng ’me a qhaneha tonki* ea hae eaba o tsamaea le likhosana tsa Moabe.+

22 Empa Molimo a halefa haholo hobane Balame o ne a tsamaea ’me lengeloi la Jehova la ema tseleng ho mo thibela. Balame o ne a palame tonki ea hae ’me a e-na le bahlanka ba hae ba babeli. 23 Ha tonki e bona lengeloi la Jehova le eme tseleng le tšoere sabole, ea leka ho kheloha tsela hore e ee tšimong. Empa Balame a qala ho otla tonki eo hore a e khutlisetse tseleng. 24 Eaba lengeloi la Jehova le ema tseleng e tšesaane e pakeng tsa lirapa tse peli tsa morara, e neng e e-na le marako a majoe ka mahlakoreng a mabeli. 25 Ha tonki e bona lengeloi la Jehova, ea qala ho ipetelletsa lerakong ’me ea petelletsa leoto la Balame lerakong eaba Balame o e otla hape.

26 Lengeloi la Jehova la boela la feta ’me la ema sebakeng se patisaneng moo ho seng tsela ea ho khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali. 27 Ha tonki e bona lengeloi la Jehova, ea botha Balame a ntse a e palame. Kahoo, Balame a halefa haholo ’me a ’na a e otla ka molamu oa hae. 28 Qetellong Jehova a etsa hore tonki eo e bue*+ eaba e re ho Balame: “Ke u entse’ng hore u nkotle ka makhetlo aa a mararo?”+ 29 Balame a araba tonki eo a re: “Ke hobane u nkentse sethoto. Hoja ke ne ke e-na le sabole letsohong la ka, ke ne ke tla u bolaea.” 30 Joale tonki ea re ho Balame: “Na ha ke tonki ea hao eo u e palameng bophelo bohle ba hao ho fihlela letsatsing lee? Na ho na le mohla nkileng ka u etsa tjee?” Eaba o re: “Che!” 31 Joale Jehova a tutubolla mahlo a Balame+ ’me a bona lengeloi la Jehova le eme tseleng le tšoere sabole. Hang-hang a khumama ’me a inamisa hlooho.

32 Lengeloi la Jehova la re ho eena: “Ke hobane’ng ha u otlile tonki ea hao ka makhetlo aa a mararo? Ke tl’o u thiba hobane ntho eo u e etsang ha e lumellane le thato ea ka.+ 33 Tonki e ile ea mpona ’me ea leka ho nqoba ka makhetlo ana a mararo.+ Hoja ea se ke ea nqoba, hona joale nka be ke u bolaile empa eona ke e tlohetse hore e phele.” 34 Balame a re ho lengeloi la Jehova: “Ke entse sebe hobane ke ne ke sa tsebe hore ke uena ea emeng tseleng ho nkhahlanyetsa. Empa haeba u sa batle hore ke tsamaee, ke tla khutla.” 35 Empa lengeloi la Jehova la re ho Balame: “Tsamaea le banna bana empa u bue feela mantsoe ao ke tla u bolella ’ona.” Kahoo, Balame a tsoela pele ho tsamaea le likhosana tsa Balake.

36 Ha Balake a utloa hore Balame o tlile, hang-hang a tsoa ho ea mo khahlanyetsa motseng oa Moabe, o lebopong la Arnone moeling oa naha. 37 Balake a re ho Balame: “Na ha kea roma batho hore ba u bitse? Ke hobane’ng ha u sa tla ho ’na? Na u ne u nahana hore nke ke ka khona ho u lefa moputso o moholo?”+ 38 Balame a re ho Balake: “Ke tlile ho uena. Empa na ke tla lumelloa ho bua ntho leha e le efe eo ke batlang ho e bua? Ke tla bua feela mantsoe ao Molimo a reng ke a bue.”+

39 Kahoo, Balame a tsamaea le Balake ’me ba fihla Kiriathe-huzothe. 40 Balake a etsa mahlabelo a likhomo le linku ’me a romela a mang ho Balame le ho likhosana tseo a neng a e-na le tsona. 41 Hoseng Balake a nka Balame ’me a mo tlisa Bamothe-baale. Ha a le moo o ne a ka khona ho bona sechaba sohle.+

23 Balame a re ho Balake: “Nkahele lialetare tse supileng mona+ ’me u ntokisetse lipoho tse supileng le liramo tse supileng.” 2 Kapele-pele Balake a etsa feela joalokaha Balame a boletse. Eaba Balake le Balame ba nyehela poho le ramo aletareng ka ’ngoe.+ 3 Balame a re ho Balake: “Ema mona pel’a nyehelo ea hao ea secheso, ’na ke tsamaee. Mohlomong Jehova o tla bua le ’na. Ntho leha e le efe eo a tla mpontša eona, ke tla u bolella eona.” Kahoo, a ea leralleng le se nang letho.

4 Molimo a kopana le Balame+ ’me Balame a re ho eena: “Ke hlophisitse lialetare tse supileng ’me ke nyehetse poho le ramo aletareng ka ’ngoe.” 5 Jehova a laela Balame hore na a re’ng,+ a re: “Khutlela ho Balake ’me u bue mantsoe ana.” 6 Kahoo, a khutla ’me a bona hore Balake le likhosana tsohle tsa Moabe li ne li eme pel’a nyehelo ea hae ea secheso. 7 Joale Balame a bua maele ana a reng:+

“Balake morena oa Moabe o ntlositse Arame,+

Ho tloha lithabeng tsa bochabela:

‘Tloo u bitsetse Jakobo bomalimabe bakeng sa ka.

Tloo u nyatse Iseraele.’+

 8 Ke joang nka bitsetsang bomalimabe bao Molimo a sa ba bitsetsang bomalimabe?

Ke joang nka nyatsang bao Jehova a sa ba nyatsang?+

 9 Ke ba bona ke le holim’a mafika,

Ke ba bona ke le maralleng.

E le sechaba ba lula moo ba le bang,+

Ha ba ipalelle har’a lichaba.+

10 Ke mang ea ka balang lerole la Jakobo+

Kapa ea ka balang leha e ka ba kotara ea batho ba Iseraele?

E-re nke ke shoe lefu la ba lokileng

’Me qetello ea ka e ke e tšoane le ea bona.”

11 Eaba Balake o re ho Balame: “Ke hobane’ng ha u nkentse tjee? Ke u tlisitse mona hore u tl’o bitsetsa lira tsa ka bomalimabe empa uena u li hlohonolofalitse.”+ 12 A araba a re: “Ke buile seo Jehova a itseng ke se bue.”+

13 Balake a re ho eena: “Ke kopa u tle le ’na sebakeng se seng seo u tla ba bona u le ho sona. U ke ke oa ba bona kaofela. U tla khona ho bona feela karolo e itseng ea bona. Ba bitsetse bomalimabe bakeng sa ka u le moo.”+ 14 Kahoo, a mo isa tšimong ea Zofime, ka holim’a Pisga+ ’me a haha lialetare tse supileng le ho nyehela poho le ramo aletareng ka ’ngoe.+ 15 Kahoo, Balame a re ho Balake: “Ema mona pel’a nyehelo ea hao ea secheso ebe ’na ke ea mane ke e’o bua le Molimo.” 16 Jehova a kopana le Balame ’me a mo laela hore na a re’ng,+ a re: “Khutlela ho Balake ’me u bue mantsoe ana.” 17 Kahoo, a tla ho Balake ’me a bona hore o ne a eme pel’a nyehelo ea hae ea secheso ’me likhosana tsa Moabe li ne li e-na le eena. Balake a re: “Jehova o itse’ng?” 18 Eaba o bua maele ana a reng:+

“Ema Balake ’me u mamele.

’Mamele, uena mora oa Zipore.

19 Molimo ha se motho hore a bue leshano+

Ebile ha se mora oa motho hore a fetole monahano oa hae.*+

Ha a buile ntho, na a ke ke a e etsa?

Ha a buile, na a ke ke a phetha?+

20 Ke tlile mona ho tla hlohonolofatsa,

Joale Molimo o ba hlohonolofalitse+ ’me nke ke ka khona ho fetola seo.+

21 Ha a lumelle hore Jakobo a louoe

Ebile ha a lumelle hore Iseraele e hlaheloe ke khathatso.

Jehova Molimo oa hae o na le bona+

’Me ba mo rorisa ka mantsoe a phahameng ba phatlalatsa hore ke morena oa bona.

22 Molimo o ba ntša Egepeta.+

O joaloka manaka a poho e hlaha bakeng sa bona.+

23 Ha ho mantsoe a boloi a bakelang Jakobo bomalimabe+

Kapa bonohe leha e le bofe khahlanong le Iseraele.+

Nakong ena ho ka thoe ka Jakobo le Iseraele:

‘Bonang seo Molimo a se entseng.’

24 Sena ke sechaba se tla phahama joaloka tau

’Me joaloka tau, se tla iphahamisa.+

Se ke ke sa robala se e-s’o je phofu

Le ho noa mali a liphofu tse bolailoeng.”

25 Eaba Balake o re ho Balame: “Haeba u sa ba bitsetse bomalimabe, joale le teng u se ke oa ba hlohonolofatsa.” 26 Balame a araba Balake a re: “Na ha kea ka ka re ho uena, ‘Ke tla etsa sohle seo Jehova a tla se bua’?”+

27 Balake a re ho Balame: “Ke kopa u tle ke u ise sebakeng se seng hape. Mohlomong Molimo oa ’nete o tla bona ho nepahetse hore u ba bitsetse bomalimabe bakeng sa ka u le moo.”+ 28 Eaba Balake o isa Balame ka holim’a Peore, e shebaneng le Jeshimone.*+ 29 Balame a re ho Balake: “Nkahele lialetare tse supileng mona ’me u ntokisetse lipoho tse supileng le liramo tse supileng.”+ 30 Kahoo, Balake a etsa feela joalokaha Balame a boletse ’me a nyehela poho le ramo aletareng ka ’ngoe.

24 Ha Balame a bona hore Jehova o ne a batla* ho hlohonolofatsa Iseraele, ha aa ka a tloha hape ho ea batla hore na ho na le ntho e mpe*+ e tla hlahela Iseraele empa o ile a sheba lefeelleng. 2 Ha Balame a phahamisa mahlo ’me a bona Baiseraele ba hlomme litente ho ea ka maloko a bona,+ moea oa Molimo oa e-ba holim’a hae.+ 3 Eaba o bua maele ana a reng:+

“Ana ke mantsoe a Balame mora oa Beore,

Mantsoe a monna eo mahlo a hae a butsoeng,

 4 Mantsoe a ea utloang lentsoe la Molimo,

Ea boneng pono ea Ea Matla ’Ohle,

Ea itihetseng fatše a ntse a butse mahlo:+

 5 Litente tsa hao li ntle hakaakang, uena Jakobo,

Litabernakele tsa hao, uena Iseraele.+

 6 Li nametse sebakeng se selelele joaloka likhohlo,*+

Joaloka lirapa tse pel’a noka,

Joaloka lekhala leo Jehova a le lemmeng,

Joaloka likedare tse pel’a metsi.

 7 Metsi a ntse a rotha linkhong tsa hae tse peli tsa matlalo.

Peo* ea hae e lenngoe pel’a metsi a mangata.+

Le morena oa hae+ o tla ba moholo ho feta Agage,+

’Muso oa hae o tla phahamisoa.+

 8 Molimo o mo ntša Egepeta.

O joaloka manaka a poho e hlaha bakeng sa hae.

O tla felisa lichaba, bahatelli ba hae,+

O tla phuphura masapo a tsona ’me o tla li felisa ka marumo a hae.

 9 O bothile, o robetse fatše joaloka tau,

Ke mang ea ka itetang sefuba ’me a mo qala?

Ba u hlohonolofatsang ba hlohonolofetse,

Ba u lakaletsang bomalimabe ba tla lakaletsoa bomalimabe.”+

10 Eaba Balake o halefela Balame. Balake a opa liatla a halefile eaba o re ho Balame: “Ke u bitselitse hore u bitsetse lira tsa ka bomalimabe+ empa uena u li hlohonolofalitse ka makhetlo ana a mararo. 11 Joale e-ea hae hona joale. Ke ne ke ikemiselitse ho u putsa haholo+ empa Jehova o u thibetse hore u fumane moputso.”

12 Balame a araba Balake a re: “Ke boleletse baromuoa ba hao ka re, 13 ‘Le haeba Balake a ka mpha ntlo ea hae e tletseng silevera le khauta, nke ke ka etsa ntho leha e le efe eo ke e ratang* e hanyetsanang le taelo ea Jehova ebang e molemo kapa e mpe. Ke tla bua feela seo Jehova a tla mpolella sona.’+ 14 Joale ke ea ho batho ba heso. Empa e-re ke u bolelle hore na sechaba sena se tla etsa’ng ho batho ba heno nakong e tlang.”* 15 Kahoo a bua maele ana a reng:+

“Ana ke mantsoe a Balame mora oa Beore,

Mantsoe a monna eo mahlo a hae a butsoeng,+

16 Mantsoe a ea utloang lentsoe la Molimo

Le ea nang le tsebo ea Ea Phahameng ka ho Fetisisa.

O bone pono ea Ea Matla ’Ohle,

Ha a itihela fatše a ntse a butse mahlo:

17 Ke tla mo bona empa eseng hona joale,

Ke tla mo bona empa eseng haufinyane.

Naleli+ e tla tsoa ho Jakobo

’Me molamu oa borena+ o hlahe ho Iseraele.+

O tla pshatla phatla ea Moabe+

Le mahata a bara bohle ba morusu.

18 Edomo o tla hapuoa,+

Seire+ o tla hapuoa ke lira tsa hae,+

Ha Iseraele a bontša hore o sebete.

19 E mong o tla qala ho busa a tsoa ho Jakobo+

’Me o tla felisa mophonyohi leha e le ofe motseng.”

20 Ha a bona Amaleke, a tsoela pele ho bua maele a reng:

“Amaleke e bile oa pele lichabeng+

Empa qetellong o tla felisoa.”+

21 Ha a bona Bakene,+ a tsoela pele ho bua maele a reng:

“Lehae la hao le tsitsitse ’me sebaka sa hao sa bolulo se behiloe lefikeng.

22 Empa ho na le ea tla chesa Kaine.

Ho tla nka nako e kae pele Asiria e u isa botlamuoeng?”

23 A boela a bua maele a reng:

“Jo! Ebe ke mang ea tla pholoha ha Molimo a etsa joalo?

24 Likepe li tla tla li tsoa lebopong la Kitime+

’Me li tla hlorisa Asiria.+

Li tla hlorisa Ebere.

Empa le eena o tla felisoa tu!”

25 Ka mor’a moo, Balame+ a ema eaba oa tsamaea o khutlela hae. Balake le eena a tsamaea.

25 Ha Baiseraele ba ne ba lula Shitime,+ sechaba se ile sa etsa thobalano le basali ba Moabe.+ 2 Basali bana ba ile ba mema sechaba hore se tle mahlabelong a melimo ea bona+ eaba sechaba se qala ho ja le ho inamela melimo ea bona.+ 3 Kahoo, Baiseraele le bona ba rapela Baale oa Peore+ eaba Jehova o ba halefela haholo. 4 Jehova a re ho Moshe: “Nka baeta-pele* bohle ba sechaba sena. Ka mor’a hore ba bolaoe, u ba fanyehe ka pel’a Jehova motšehare* e le hore Jehova a khaotse ho halefela Baiseraele.” 5 Joale Moshe a re ho baahloli ba Iseraele:+ “E mong le e mong oa lona o lokela ho bolaea batho ba habo ba ileng ba rapela* Baale oa Peore.”+

6 Ha Moshe le Baiseraele bohle ba ntse ba lla monyako oa tente ea pokano, Moiseraele e mong a tla le mosali oa Momidiane+ litenteng batho bohle ba ntse ba mo shebile. 7 Ha Finease+ mora oa Eleazare mora oa moprista Arone a bona seo, hang-hang a tloha har’a sechaba eaba o nka lerumo. 8 A sala monna eo oa Moiseraele morao ho ea tenteng eaba o ba hlaba ka bobeli, monna oa Moiseraele le mosali eo ho phunyelletsa lithong tsa hae tsa botšehali. Kahoo, boloetse bo bolaeang ba fela ho Baiseraele.+ 9 Boloetse boo bo ile ba bolaea batho ba 24 000.+

10 Eaba Jehova o re ho Moshe: 11 “Finease+ mora oa Eleazare mora oa moprista Arone o entse hore ke se ke ka hlola ke halefela Baiseraele hobane ho hang ha aa ka a ba tlohela ha ba ne ba sa ntšepahalle.+ Ke ka lebaka leo ke sa felisang Baiseraele le hoja ke batla hore batho ba inehele ho ’na feela.+ 12 Kahoo, mo bolelle hore ke etsa selekane* sa khotso le eena. 13 Ka lebaka la selekane seo, eena le litloholo tsa hae e tla lula e le baprista+ hobane ha aa ka a lumella hore molimo e mong a nkele Molimo oa hae sebaka+ ’me o ile a etsa hore sechaba sa Iseraele se tšoareloe libe.”

14 Lebitso la monna oa Moiseraele ea bolailoeng le mosali oa Momidiane ke Zimri mora oa Salu, khosana ea lelapa la Basimeone. 15 Lebitso la mosali oa Momidiane ea bolailoeng e ne e le Kozbi morali oa Zure,+ moeta-pele oa maloko a lelapa la Midiane.+

16 Hamorao Jehova a re ho Moshe: 17 “Hlaselang Bamidiane ’me le ba bolaee+ 18 hobane haesale ba le tšoenya ka liketso tsa bona tse mano ’me ba etsa hore le rapele Baale oa Peore.+ Ba ile ba le susumeletsa hore le etse sebe ba sebelisa Kozbi morali oa khosana ea Midiane, ea ileng a bolaoa+ letsatsing leo ho neng ho e-na le boloetse bo bolaeang Iseraele ka lebaka la ho rapela Baale oa Peore.”+

26 Ka mor’a hore ho be le boloetse bo bolaeang,+ Jehova a re ho Moshe le Eleazare mora oa moprista Arone: 2 “Balang sechaba sohle sa Baiseraele ho tloha ka ba lilemo li 20 ho ea holimo, ho ea ka matlo a bo-ntate ba bona, le bale bohle bao e ka bang masole a Iseraele.”+ 3 Kahoo, Moshe le moprista Eleazare+ ba bua le sechaba lehoatateng la Moabe+ pel’a Jordane haufi le Jeriko,+ ba re: 4 “Balang bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo feela joalokaha Jehova a laetse Moshe.”+

Joale bara ba Iseraele ba ileng ba tsoa naheng ea Egepeta e ne e le: 5 Leloko la Rubene+ letsibolo la Iseraele. Bara ba Rubene+ e ne e le: Hanoke eo ho eena ho tsoileng Bahanoke, Palu eo ho eena ho tsoileng Bapalu, 6 Hezrone eo ho eena ho tsoileng Bahezrone le Karmi eo ho eena ho tsoileng Bakarmi. 7 Ana e ne e le malapa a Barubene ’me ba ngolisitsoeng ho bona e ne e le ba 43 730.+

8 Mora oa Palu e ne e le Eliabe. 9 Bara ba Eliabe e ne e le Nemuele, Dathane le Abirame. Dathane enoa le Abirame e ne e le ba khethiloeng har’a sechaba, ba ileng ba loana le Moshe+ le Arone, ba e-na le sehlopha sa Kora+ ha ba ne ba loana le Jehova.+

10 Joale lefatše la buleha* ’me la ba koenya. Ha e le Kora, a shoa le batšehetsi ba hae ha mollo o chesa batho ba 250.+ Se ileng sa etsahala ho bona e ile ea e-ba temoso ho ba bang.+ 11 Leha ho le joalo, bara ba Kora ha baa ka ba shoa.+

12 Bara ba Simeone+ ho ea ka malapa a bona e ne e le: Nemuele eo ho eena ho tsoileng Banemuele, Jamine eo ho eena ho tsoileng Bajamine, Jakine eo ho eena ho tsoileng Bajakine, 13 Zera eo ho eena ho tsoileng Bazera le Shaule eo ho eena ho tsoileng Bashaule. 14 Ana e ne e le malapa a Basimeone: 22 200.+

15 Bara ba Gade+ ho ea ka malapa a bona e ne e le: Zefone eo ho eena ho tsoileng Bazefone, Hagi eo ho eena ho tsoileng Bahagi, Shuni eo ho eena ho tsoileng Bashuni, 16 Ozni eo ho eena ho tsoileng Baozni, Eri eo ho eena ho tsoileng Baeri, 17 Arode eo ho eena ho tsoileng Baarode le Areli eo ho eena ho tsoileng Baareli. 18 Ana e ne e le malapa a bara ba Gade ’me ba ngolisitsoeng ho bona e ne e le ba 40 500.+

19 Bara ba Juda+ e ne e le Ere le Onane.+ Leha ho le joalo, Ere le Onane ba ile ba shoella naheng ea Kanana.+ 20 Bara ba Juda ho ea ka malapa a bona e ne e le: Shela+ eo ho eena ho tsoileng Bashela, Pereze+ eo ho eena ho tsoileng Bapereze le Zera+ eo ho eena ho tsoileng Bazera. 21 Bara ba Pereze e ne e le: Hezrone+ eo ho eena ho tsoileng Bahezrone le Hamule+ eo ho eena ho tsoileng Bahamule. 22 Ana e ne e le malapa a Juda ’me ba ngolisitsoeng ho bona e ne e le ba 76 500.+

23 Bara ba Isakare+ ho ea ka malapa a bona e ne e le: Thola+ eo ho eena ho tsoileng Bathola, Puva eo ho eena ho tsoileng Bapune, 24 Jashube eo ho eena ho tsoileng Bajashube le Shimrone eo ho eena ho tsoileng Bashimrone. 25 Ana e ne e le malapa a Isakare ’me ba ngolisitsoeng ho bona e ne e le ba 64 300.+

26 Bara ba Zabulone+ ho ea ka malapa a bona e ne e le: Serede eo ho eena ho tsoileng Baserede, Elone eo ho eena ho tsoileng Baelone le Jaliele eo ho eena ho tsoileng Bajaliele. 27 Ana e ne e le malapa a Bazabulone ’me ba ngolisitsoeng ho bona e ne e le ba 60 500.+

28 Bara ba Josefa+ ho ea ka malapa a bona e ne e le: Manase le Efraime.+ 29 Bara ba Manase+ e ne e le: Makire+ eo ho eena ho tsoileng Bamakire. Makire e ne e le ntate oa Gileade.+ Ho Gileade ho ile ha tsoa Bagileade. 30 Bana e ne e le bara ba Gileade: Jezere eo ho eena ho tsoileng Bajezere, Heleke eo ho eena ho tsoileng Baheleke, 31 Asriele eo ho eena ho tsoileng Baasriele, Shikeme eo ho eena ho tsoileng Bashikeme, 32 Shemida eo ho eena ho tsoileng Bashemida le Hefere eo ho eena ho tsoileng Bahefere. 33 Zelofehade mora oa Hefere o ne a se na bara, a e-na le barali feela.+ Mabitso a barali ba Zelofehade+ e ne e le Mahela, Noe, Hogla, Milka le Tirza. 34 Ana e ne e le malapa a Manase ’me ba ngolisitsoeng ho bona e ne e le ba 52 700.+

35 Bana e ne e le bara ba Efraime+ ho ea ka malapa a bona: Shuthela+ eo ho eena ho tsoileng Bashuthela, Bekere eo ho eena ho tsoileng Babekere le Tahane eo ho eena ho tsoileng Batahane. 36 Bana e ne e le bara ba Shuthela: Erane eo ho eena ho tsoileng Baerane. 37 Ana e ne e le malapa a bara ba Efraime ’me ba ngolisitsoeng ho bona e ne e le ba 32 500.+ Bana e ne e le bara ba Josefa ho ea ka malapa a bona.

38 Bara ba Benjamine+ ho ea ka malapa a bona e ne e le: Bela+ eo ho eena ho tsoileng Babela, Ashbele eo ho eena ho tsoileng Baashbele, Akirame eo ho eena ho tsoileng Baakirame, 39 Shefufame eo ho eena ho tsoileng Bashufame le Hufame eo ho eena ho tsoileng Bahufame. 40 Bara ba Bela e ne e le Arede le Naamane:+ Ho Arede ho ile ha tsoa Baarede ’me ho Naamane ho ile ha tsoa Banaamane. 41 Bana e ne e le bara ba Benjamine ho ea ka malapa a bona ’me ba ngolisitsoeng ho bona e ne e le ba 45 600.+

42 Bana e ne e le bara ba Dane+ ho ea ka malapa a bona: Shuhame eo ho eena ho tsoileng Bashuhame. Ana e ne e le malapa a Dane ho ea ka malapa a bona. 43 Ba ngolisitsoeng ho malapa ’ohle a Bashuhame, e ne e le ba 64 400.+

44 Bara ba Ashere+ ho ea ka malapa a bona e ne e le Imna eo ho eena ho tsoileng Baimna, Ishvi eo ho eena ho tsoileng Baishvi le Beria eo ho eena ho tsoileng Baberia. 45 Bara ba Beria e ne e le Hebere eo ho eena ho tsoileng Bahebere le Malkiele eo ho eena ho tsoileng Bamalkiele. 46 Lebitso la morali oa Ashere e ne e le Sera. 47 Ana e ne e le malapa a bara ba Ashere ’me ba ngolisitsoeng ho bona e ne e le ba 53 400.+

48 Bara ba Nefthali+ ho ea ka malapa a bona e ne e le Jaziele eo ho eena ho tsoileng Bajaziele, Guni eo ho eena ho tsoileng Baguni, 49 Jezere eo ho eena ho tsoileng Bajezere le Shileme eo ho eena ho tsoileng Bashileme. 50 Ana e ne e le malapa a Nefthali ho ea ka malapa a bona ’me ba ngolisitsoeng ho bona e ne e le ba 45 400.+

51 Palo ea Baiseraele bohle ba ngolisitsoeng e ne e le 601 730.+

52 Ka mor’a moo, Jehova a re ho Moshe: 53 “Naha e lokela ho aroleloa batho bana e le lefa ho ea ka palo ea mabitso a ngolisitsoeng.+ 54 Leloko le nang le palo e ngata, u le ekeletse lefa ’me le nang le palo e nyenyane, u le fokoletse lefa.+ Leloko ka leng le fuoe lefa ho latela palo ea lona ea batho ba ngolisitsoeng. 55 Leha ho le joalo, naha e lokela ho aroloa ka lotho.+ Ba lokela ho fumana lefa la bona ho ea ka mabitso a maloko a bo-ntate ba bona. 56 Lefa la leloko ka leng, ebang leloko leo le leholo kapa le lenyenyane le tla lekanngoa ka lotho.”

57 Joale bana e ne e le ba ngolisitsoeng ho Balevi+ ho ea ka malapa a bona: Gershone eo ho eena ho tsoileng Bagershone, Kohathe+ eo ho eena ho tsoileng Bakohathe le Merari eo ho eena ho tsoileng Bamerari. 58 Ana e ne e le malapa a Balevi: Lelapa la Balibni,+ la Bahebrone,+ la Bamaheli,+ la Bamushi+ le la Bakora.+

Kohathe a tsoala Amrame.+ 59 Lebitso la mosali oa Amrame e ne e le Jokebede,+ morali oa Levi, eo Levi a bileng le eena ha a le Egepeta. Bana ba Jokebede le Amrame e ne e le Arone, Moshe le Miriame khaitseli ea bona.+ 60 Joale bana ba Arone e ne e le Nadabe, Abihu, Eleazare le Ithamare.+ 61 Empa Nadabe le Abihu ba ile ba shoa ka lebaka la ho hlahisa mollo o sa lumelloang ka pel’a Jehova.+

62 Palo ea bohle ba ngolisitsoeng e ne e le 23 000 ’me e ne e le bohle ba batona ho tloha ka ba nang le khoeli ho ea holimo.+ Ba ne ba sa ngolisoa har’a Baiseraele+ hobane ba ne ba ke ke ba fuoa lefa har’a Baiseraele.+

63 Bana ke ba ileng ba ngolisoa ke Moshe le moprista Eleazare ha ba ne ba ngolisa Baiseraele lehoatateng la Moabe pel’a Jordane haufi le Jeriko. 64 Empa har’a bona, ho ne ho se na le ea mong ea ileng a ngolisoa ke Moshe le moprista Arone ha ba bala Baiseraele lefeelleng la Sinai+ 65 hobane Jehova o ne a itse ka bona: “Ba tla shoella lefeelleng.”+ Kahoo, ha hoa ka ha e-ba le motho ea salang ho bona, haese Kalebe mora oa Jefune le Joshua mora oa Nune.+

27 Ka mor’a moo, barali ba Zelofehade+ mora oa Hefere mora oa Gileade mora oa Makire mora oa Manase, ba tla ho Moshe. Mabitso a bona e ne e le Mahela, Noe, Hogla, Milka le Tirza ’me e le ba leloko la Manase, mora oa Josefa. 2 Ba ema ka pel’a Moshe, moprista Eleazare, likhosana+ le ka pel’a sechaba sohle monyako oa tente ea pokano ’me ba re: 3 “Ntate o shoeletse lefeelleng empa o ne a se har’a sehlopha se neng se ikopantse hammoho hore se be khahlanong le Jehova e leng batšehetsi ba Kora.+ O shoele ka lebaka la sebe sa hae ’me o ne a se na bara. 4 Na lebitso la ntate oa rona le lokela ho tlosoa lelapeng la hae hobane feela a ne a se na mora? Re kopa u re fe lefa har’a bana ba bo ntate oa rona.” 5 Kahoo, Moshe a hlahisa taba ea bona ka pel’a Jehova.+

6 Jehova a re ho Moshe: 7 “Barali ba Zelofehade ba nepile. U lokela ho ba fa lefa joaloka bana ba bo ntate oa bona ’me u ba fe lefa la ntate oa bona.+ 8 U re ho Baiseraele, ‘Haeba monna a ka shoa a se na mora, joale le fetisetse lefa la hae ho morali oa hae. 9 Haeba a se na morali, le fe bana babo lefa la hae. 10 Haeba a se na bana babo, le fe bana ba bo ntate oa hae lefa la hae. 11 Haeba ntate oa hae a se na bana babo, le fane ka lefa la hae ho mong ka eena ea haufi har’a ba lelapa la hae ’me e tla ba lefa la hae. Qeto ena ea boahloli e tla ba taelo e sebetsang ho Baiseraele feela joalokaha Jehova a laetse Moshe.’”

12 Eaba Jehova o re ho Moshe: “Nyolohela thabeng ena ea Abarime+ ’me u shebe naha eo ke tla e fa Baiseraele.+ 13 Ha u e bone, le uena u tla shoa*+ feela joalokaha abuti oa hao Arone a ile a shoa+ 14 hobane ha sechaba se ne se qabana le ’na lefeelleng la Zine, ha lea ka la mamela taelo ea ka. Ha lea ka la nkhalaletsa ka pel’a sechaba ha ke ne ke se fa metsi.+ Ana ke metsi a Meriba+ Kadeshe+ lefeelleng la Zine.”+

15 Joale Moshe a re ho Jehova: 16 “Jehova, Molimo ea fanang ka bophelo ho batho bohle, a ke a khethe monna hore a okamele sechaba, 17 ea tla se etella pele le ea tla se tataisa linthong tsohle e le hore sechaba sa Jehova se se ke sa tšoana le linku tse se nang molisa.” 18 Kahoo, Jehova a re ho Moshe: “Nka Joshua mora oa Nune, monna ea nang le bokhoni ’me u behe letsoho la hao holim’a hae.+ 19 U mo emise ka pel’a moprista Eleazare le ka pel’a sechaba sohle ’me u mo khethe hore e be moeta-pele ka pel’a mahlo a sona.+ 20 U mo fe bolaoli* bo bong ba hao+ e le hore sechaba sohle sa Baiseraele se ka mo mamela.+ 21 O tla ema ka pel’a moprista Eleazare, ea tla mo botsetsa qeto ea Jehova a sebelisa Urime.+ Ka taelo ea hae ba tla tsoa ’me ka taelo ea hae ba tla kena, eena le Baiseraele bohle le sechaba sohle.”

22 Kahoo, Moshe a etsa feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse. A emisa Joshua ka pel’a moprista Eleazare le ka pel’a sechaba sohle. 23 A beha matsoho holim’a hae, a mo hlomamisa+ feela joalokaha Jehova a ne a buile ka Moshe.+

28 Eaba Jehova o re ho Moshe: 2 “Laela Baiseraele, u re ho bona, ‘Le ele hloko hore le ntlisetse nyehelo ea ka, bohobe ba ka. Linyehelo tsa ka tse chesoang ka mollo e le monko o monate* ho ’na li lokela ho etsoa ka linako tsa tsona tse behiloeng.’+

3 U re ho bona, ‘Ena ke nyehelo e chesoang ka mollo eo le tla e nyehela ho Jehova: Ka letsatsi le tlise likonyana tse peli tse tona tse phetseng hantle tse nang le selemo e le nyehelo ea secheso ea kamehla.+ 4 Le fane ka konyana e ’ngoe e tona hoseng ’me konyana e ’ngoe e tona le tla fana ka eona ha letsatsi le likela.*+ 5 Le fane le ka lilithara tse peli* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le lithara* ea oli e tutsoeng e le nyehelo ea lijo.*+ 6 Ke nyehelo ea secheso ea kamehla,+ e thehiloeng Thabeng ea Sinai e le monko o monate,* nyehelo e etselitsoeng Jehova ka mollo. 7 Konyana ka ’ngoe e tona e tsamaee le nyehelo ea eona ea seno e etsang lithara.*+ Le tšollele seno se tahang sebakeng se halalelang e le nyehelo ea seno ho Jehova. 8 Le tla fana ka konyana e ’ngoe e tona ha letsatsi le likela.* Le tla fana ka eona e le nyehelo e chesetsoang Jehova e monko o monate,* e e-na le linyehelo tse tšoanang le tse etsoang hoseng e leng nyehelo ea lijo* le nyehelo ea seno.+

9 Leha ho le joalo, ka letsatsi la Sabatha,+ le tla nyehela likonyana tse tona tse peli tse nang le selemo hammoho le nyehelo ea tsona ea seno le lilithara tse ’nè le halofo* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.* 10 Ena ke nyehelo ea secheso ea Sabatha hammoho le nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea seno.+

11 Qalong ea khoeli* ka ’ngoe le tlisetse Jehova nyehelo ea secheso ea lipohoana tse peli, ramo e le ’ngoe le likonyana tse tona tse supileng tse phetseng hantle, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo.+ 12 Pohoana ka ’ngoe e tlisoe le lik’hilokramo tse ka bang tharo le halofo* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ Ramo e tlisoe le lik’hilokramo tse ka bang peli* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.+ 13 Konyana ka ’ngoe e tona e tlisoe le k’hilokramo e le ’ngoe* ea phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo* hore e be nyehelo ea secheso e monko o monate,*+ nyehelo e cheselitsoeng Jehova. 14 Linyehelo tsa tsona tsa seno e be veine e batlileng e lekana le lilithara tse peli bakeng sa pohoana,+ e ka holimonyana ho lithara bakeng sa ramo+ le e lekanang le lithara bakeng sa konyana e tona.+ Ena ke nyehelo ea secheso ea khoeli le khoeli selemo kaofela. 15 Hape, ho lokela hore ho fanoe ka potsanyane e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe ho Jehova ho phaella ho nyehelo ea secheso ea kamehla hammoho le nyehelo ea eona ea seno.

16 Ka khoeli ea pele, letsatsing la bo14 la khoeli, e tla ba Paseka ea Jehova.+ 17 Ka letsatsi la bo15 la khoeli ena, ho tla ba le mokete. Ho tla jeoa mahobe a se nang tomoso ka matsatsi a supileng.+ 18 Ka letsatsi la pele ho tla ba le kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima. 19 Le tlisetse Jehova nyehelo ea secheso e chesoang ka mollo. Nyehelo eo e be lipohoana tse peli, ramo e le ’ngoe le likonyana tse supileng tse tona, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Le fane ka liphoofolo tse phetseng hantle.+ 20 Le fane ka tsona li e-na le linyehelo tsa tsona tsa lijo* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli.+ E be lik’hilokramo tse ka bang tharo le halofo bakeng sa pohoana le k’hilokramo e le ’ngoe bakeng sa ramo. 21 Le fane ka k’hilokramo e le ’ngoe ea phofo bakeng sa konyana e ’ngoe le e ’ngoe e tona ho likonyana tse tona tse supileng 22 hammoho le poli e le ’ngoe ea nyehelo ea sebe ho etsa sehlabelo sa tšoarelo ea libe bakeng sa lona. 23 Ntle ho nyehelo ea secheso ea hoseng e leng nyehelo ea secheso ea kamehla, le tla fana ka lintho tsena. 24 Le fane ka lintho tsena ka tsela e tšoanang letsatsi le leng le le leng ka matsatsi a supileng e le lijo.* E be nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.* E fanoe hammoho le nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea seno. 25 Ka letsatsi la bosupa le tšoare kopano e halalelang.+ Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima.+

26 Ka letsatsi la ho tlisa lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng,+ ha le tlisetsa Jehova nyehelo ea lona ea lijo* tse ncha,+ le tšoare kopano e halalelang moketeng oa lona oa libeke.+ Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima.+ 27 Le nyehele lipohoana tse peli, ramo e le ’ngoe le likonyana tse supileng tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, e le nyehelo ea secheso e monko o monate* ho Jehova.+ 28 Bakeng sa nyehelo ea tsona ea lijo* ea phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli, le fane ka lik’hilokramo tse ka bang tharo le halofo bakeng sa pohoana ka ’ngoe, lik’hilokramo tse ka bang peli bakeng sa ramo ka ’ngoe, 29 k’hilokramo e le ’ngoe bakeng sa konyana e ’ngoe le e ’ngoe e tona ho likonyana tse supileng 30 hammoho le potsanyane e le ’ngoe ho etsa sehlabelo sa tšoarelo ea libe bakeng sa lona.+ 31 Le fane ka tsona ho phaella ho nyehelo ea kamehla ea secheso le nyehelo ea eona ea lijo.* E be liphoofolo tse phetseng hantle+ hammoho le linyehelo tsa tsona tsa seno.

29 Ka khoeli ea bosupa, ka letsatsi la pele la khoeli, le tšoare kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima.+ Ke letsatsi leo le lokelang ho letsa terompeta ka lona.+ 2 Le tlisetse Jehova nyehelo ea secheso e monko o monate* ea pohoana e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le likonyana tse tona tse supileng, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle. 3 Le tlise le nyehelo ea tsona ea lijo* ea phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli. E be lilithara tse tšeletseng le halofo* bakeng sa pohoana, lilithara tse ’nè le halofo* bakeng sa ramo 4 le k’hilokramo e le ’ngoe bakeng sa konyana e ’ngoe le e ’ngoe e tona ho likonyana tse tona tse supileng. 5 Le tlise le potsanyane e le ’ngoe e tona e le nyehelo ea sebe ho etsa sehlabelo sa tšoarelo ea libe bakeng sa lona. 6 Nyehelo ena e lokela ho tlisoa ho phaella ho nyehelo ea secheso ea khoeli le khoeli le nyehelo ea eona ea lijo,*+ nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo*+ hammoho le linyehelo tsa tsona tsa seno,+ ho ea ka mokhoa o tloaelehileng, e le monko o monate,* nyehelo e etselitsoeng Jehova ka mollo.

7 Ka letsatsi la leshome la khoeli ena ea bosupa, le tšoare kopano e halalelang+ ’me le bontše hore le utloile bohloko.* Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe.+ 8 Le tlisetse Jehova nyehelo ea secheso e monko o monate* ea pohoana e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le likonyana tse supileng tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 9 Le tlise le nyehelo ea tsona ea lijo* ea phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli. E be lik’hilokramo tse ka bang tharo le halofo bakeng sa pohoana, lik’hilokramo tse peli bakeng sa ramo e le ’ngoe 10 le k’hilokramo e le ’ngoe bakeng sa konyana ka ’ngoe e tona ho likonyana tse supileng tse tona. 11 Le tlise le potsanyane e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe, ho phaella ho nyehelo ea sebe ea tšoarelo ea libe+ le nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo* hammoho le linyehelo tsa tsona tsa seno.

12 Ka letsatsi la bo15 la khoeli ea bosupa le tšoare kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima ’me le etsetse Jehova mokete ka matsatsi a supileng.+ 13 Le tlise nyehelo ea secheso+ e chesoang ka mollo, e monko o monate* ho Jehova. E be lipohoana tse 13, liramo tse peli le likonyana tse tona tse 14, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 14 Le tlise le nyehelo ea tsona ea lijo* ea phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli. E be lik’hilokramo tse ka bang tharo le halofo bakeng sa pohoana ka ’ngoe ho lipohoana tse 13, lik’hilokramo tse peli bakeng sa ramo ka ’ngoe ho liramo tse peli 15 le k’hilokramo e le ’ngoe bakeng sa konyana ka ’ngoe e tona ho likonyana tse tona tse 14. 16 Le tlise le potsanyane e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe, ho phaella ho nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo* le nyehelo ea eona ea seno.+

17 Ka letsatsi la bobeli, le tlise lipohoana tse 12, liramo tse peli le likonyana tse tona tse 14 e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 18 Le tlise le nyehelo ea tsona ea lijo* le linyehelo tsa tsona tsa seno bakeng sa lipohoana, liramo le likonyana tse tona ka palo ea tsona ho ea ka mokhoa o tloaelehileng. 19 Le tlise le potsanyane e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe, ho phaella ho nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo* hammoho le linyehelo tsa tsona tsa seno.+

20 Ka letsatsi la boraro, le tlise lipoho tse 11, liramo tse peli le likonyana tse tona tse 14 e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 21 Le tlise le nyehelo ea tsona ea lijo* le linyehelo tsa tsona tsa seno bakeng sa lipoho, liramo le likonyana tse tona ka palo ea tsona ho ea ka mokhoa o tloaelehileng. 22 Le tlise le poli e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe, ho phaella ho nyehelo ea secheso le nyehelo ea eona ea lijo* le nyehelo ea eona ea seno.+

23 Ka letsatsi la bone, le tlise lipoho tse leshome, liramo tse peli le likonyana tse tona tse 14, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 24 Le tlise le nyehelo ea tsona ea lijo* le linyehelo tsa tsona tsa seno bakeng sa lipoho, liramo le likonyana tse tona ka palo ea tsona ho ea ka mokhoa o tloaelehileng. 25 Le tlise le potsanyane e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe, ho phaella ho nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo* le nyehelo ea eona ea seno.+

26 Ka letsatsi la bohlano, le tlise lipoho tse robong, liramo tse peli le likonyana tse tona tse 14, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 27 Le tlise le nyehelo ea tsona ea lijo* le linyehelo tsa tsona tsa seno bakeng sa lipoho, liramo le likonyana tse tona ka palo ea tsona ho ea ka mokhoa o tloaelehileng. 28 Le tlise le poli e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe, ho phaella ho nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo* le nyehelo ea eona ea seno.+

29 Ka letsatsi la botšelela, le tlise lipoho tse robeli, liramo tse peli le likonyana tse tona tse 14, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 30 Le tlise le nyehelo ea tsona ea lijo* le linyehelo tsa tsona tsa seno bakeng sa lipoho, liramo le likonyana tse tona ka palo ea tsona ho ea ka mokhoa o tloaelehileng. 31 Le tlise le poli e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe, ho phaella ho nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo* le linyehelo tsa eona tsa seno.+

32 Ka letsatsi la bosupa, le tlise lipoho tse supileng, liramo tse peli le likonyana tse tona tse 14, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 33 Le tlise le nyehelo ea tsona ea lijo* le linyehelo tsa tsona tsa seno bakeng sa lipoho, liramo le likonyana tse tona ka palo ea tsona ho ea ka mokhoa o tloaelehileng. 34 Le tlise le poli e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe, ho phaella ho nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo* le nyehelo ea eona ea seno.+

35 Ka letsatsi la borobeli, le lokela ho tšoara seboka se hlomphehang. Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima.+ 36 Le tlise nyehelo ea secheso e chesoang ka mollo, e monko o monate* ho Jehova ea poho e le ’ngoe, ramo e le ’ngoe le likonyana tse tona tse supileng, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 37 Le tlise le nyehelo ea tsona ea lijo* le linyehelo tsa tsona tsa seno bakeng sa poho, ramo, le likonyana tse tona ka palo ea tsona ho ea ka mokhoa o tloaelehileng. 38 Le tlise le poli e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe, ho phaella ho nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea lijo* le nyehelo ea eona ea seno.+

39 Le nyehele lintho tsena ho Jehova meketeng ea lona e bang ka linako tse itseng,+ ho phaella ho linyehelo tsa lona tsa boitlamo+ le linyehelo tsa lona tsa boithaopo,+ e le linyehelo tsa lona tsa secheso,+ linyehelo tsa lona tsa lijo,*+ linyehelo tsa lona tsa seno+ le mahlabelo a lona a kopanetsoeng.’”+ 40 Moshe a bolella Baiseraele ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a mo laetse eona.

30 Joale Moshe a bua le lihlooho+ tsa maloko a Iseraele a re: “Lena ke lentsoe leo Jehova a le laetseng: 2 Haeba monna a etsa boitlamo+ ho Jehova kapa a ikana+ hore a ke ke a etsa ntho e itseng, a se ke a fetohela seo a se buileng.+ A etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a ikanneng hore o tla e etsa.+

3 Haeba mosali a etsa boitlamo ho Jehova kapa a ikana hore a ke ke a etsa ntho e itseng ha a sa le mocha ’me a ntse a lula ka tlung ea ntate oa hae 4 ’me ntate oa hae a utloa boitlamo ba hae kapa kano eo a e entseng ea hore a ke ke a etsa ntho e itseng ’me a sa hanane le eona, mosali eo o tla lokela ho phetha likano tsohle tsa hae ’me a ke ke a koenehela ntho leha e le efe eo a ikanneng hore a ke ke a e etsa. 5 Empa haeba ntate oa hae a mo hanela ha a utloa hore o entse boitlamo kapa o ikanne hore a ke ke a etsa lintho tse itseng, a ke ke a phetha boitlamo boo. Jehova o tla mo tšoarela hobane ntate oa hae o mo hanetse.+

6 Leha ho le joalo, haeba a ka nyaloa a ntse a entse boitlamo ba hae kapa tšepiso ea hae ea lepotla-potla 7 ’me monna oa hae a utloela ka eona ’me a sa hanane le eona letsatsing leo a utloelang ka eona, o ntse a tla lokela ho phetha boitlamo ba hae kapa likano tsa hae tsa ho se etse ntho e itseng. 8 Empa haeba monna oa hae a mo hanela letsatsing leo a utloelang ka eona, a ka hlakola boitlamo boo kapa tšepiso eo mosali oa hae a e entseng ka lepotla-potla+ ’me Jehova o tla mo tšoarela.

9 Empa haeba mohlolohali kapa mosali ea hlaliloeng a etsa boitlamo, o tla lokela ho phetha kano e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng.

10 Leha ho le joalo, haeba mosali a entse boitlamo kapa kano ea hore a ke ke a etsa ntho e itseng ha a ntse a le ka tlung ea monna oa hae 11 ’me monna oa hae a utloile boitlamo bohle ba hae kapa kano leha e le efe ea hore a ke ke a etsa ntho e itseng ’me a sa mo hanela, mosali eo o tla lokela ho e phetha. 12 Empa haeba letsatsing leo ka lona monna oa hae a utloang boitlamo leha e le bofe boo mosali oa hae a bo entseng kapa kano ea hae ea hore a ke ke a etsa ntho e itseng ’me a li hlakola ka ho feletseng, mosali oa hae a ke ke a lokela ho li phetha.+ Monna oa hae o li hlakotse ’me Jehova o tla mo tšoarela. 13 Mabapi le boitlamo leha e le bofe kapa kano leha e le efe e akarelletsang ho itima lintho tse itseng, monna oa hae o tla etsa qeto ea hore na a bo phethe kapa che. 14 Empa haeba le matsatsing a hlahlamang monna oa hae a sa hanane le boitlamo boo, ka ho etsa joalo o tiisa boitlamo bohle ba hae kapa likano tsohle tsa hae tsa ho se etse lintho tse itseng. Oa li tiisa hobane ha aa ka a hanana le tsona letsatsing leo ka lona a mo utloileng ha a ne a li etsa. 15 Empa haeba hamorao a ka li hlakola letsatsi leo a li utloileng ka lona le se le fetile, o tla ikarabella ka molato oa mosali oa hae.+

16 Ena ke melao eo Jehova a e laetseng Moshe e mabapi le monna le mosali oa hae le e mabapi le ntate le morali oa hae e mocha ea ntseng a lula ka tlung ea hae.”

31 Jehova a re ho Moshe: 2 “Iphetetse+ ho Bamidiane+ bakeng sa Baiseraele. Ka mor’a moo u tla shoa.”*+

3 Kahoo, Moshe a bua le sechaba a re: “Hlomellang banna har’a lona hore ba loantše* Midiane le hore ba tlise phetetso ea Jehova ho Midiane. 4 Le romele ba 1 000 ntoeng ba tsoang lelokong le leng le le leng la meloko eohle ea Iseraele.” 5 Kahoo, har’a likete tsa Iseraele,+ ho ile ha khethoa ba 1 000 lelokong ka leng, kaofela e ile ea e-ba ba 12 000 ba hlometseng bakeng sa ntoa.*

6 Moshe a romela ba 1 000 lelokong ka leng ho ea ntoeng hammoho le Finease+ mora oa Eleazare moprista oa lebotho la sesole, ea neng a tšoere lisebelisoa tse halalelang le literompeta+ tsa ntoa letsohong la hae. 7 Ba loantša Midiane feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe ’me ba bolaea bohle ba batona. 8 Ba bolaea marena a mahlano a Midiane e leng Evi, Rekeme, Zure, Hure le Reba, ba ba bolaea hammoho le batho ba bang. Ba boela ba bolaea Balame+ mora oa Beore ka sabole. 9 Empa Baiseraele ba hapa basali ba Midiane le bana ba bona. Ba boela ba ba nkela liphoofolo tsohle, mehlape eohle le lintho tsohle tsa bona. 10 Metse eohle ea bona eo ba neng ba lula ho eona le liahelo* tsohle tsa bona ba li chesa ka mollo. 11 Ba nka thepa eohle e hapuoeng le lintho tsohle tseo ba ba nketseng tsona, e leng batho le liphoofolo. 12 Ba tlisa batlamuoa ho Moshe le ho moprista Eleazare le ho sechaba sa Baiseraele, ba tlisa le lintho tseo ba ba nketseng tsona le thepa e hapuoeng. Ba li tlisa liahelong tse lehoatateng la Moabe,+ le pel’a Jordane haufi le Jeriko.

13 Moshe le moprista Eleazare le likhosana tsohle tsa sechaba tsa tsoa ho ea ba khahlanyetsa ka ntle ho liahelo. 14 Empa Moshe a halefela banna ba okametseng mabotho a sesole, e leng balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo ba neng ba tsoa ntoeng. 15 Moshe a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tloheletse basali bohle hore ba phele? 16 Ke bona bao ka lebaka la keletso ea Balame ba ileng ba susumetsa Baiseraele hore ba se ke ba tšepahalla+ Jehova ha re ne re le Peore+ eaba sechaba sa Jehova se tšoaroa ke boloetse bo bolaeang.+ 17 Bolaeang bana bohle ba batona, le bolaee le mosali e mong le e mong ea kileng a etsa thobalano le monna. 18 Empa le ka ’na la tlohela banana bohle ba e-s’o kang ba etsa thobalano le monna hore ba phele.+ 19 Le hlome litente ka ntle ho liahelo ka matsatsi a supileng. E mong le e mong ea bolaileng motho le e mong le e mong ea ammeng ea bolailoeng,+ a itlhoekise+ ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa, lona le batlamuoa ba lona. 20 Le hloekise seaparo se seng le se seng, lintho tsohle tsa letlalo, lintho tsohle tse entsoeng ka boea ba poli le tsohle tse entsoeng ka lepolanka e le hore le li tlose sebe.”

21 Joale moprista Eleazare a re ho banna ba lebotho ba neng ba ile ntoeng: “Ona ke molao oo Jehova a o fileng Moshe, 22 ‘Ke feela khauta, silevera, koporo, tšepe, thini, loto,* 23 le lintho tse ling tsohle tse sa cheng, tseo le lokelang ho li hloekisa ka mollo. Leha ho le joalo, li boetse li lokela ho hloekisoa ka metsi a hloekisang.+ Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e chang, le e hlatsoe ka metsi. 24 Le hlatsoe liaparo tsa lona ka letsatsi la bosupa ’me le hloeke, joale ka mor’a moo le ka kena liahelong.’”+

25 Eaba Jehova o re ho Moshe: 26 “Bala lintho tse hapuoeng, u bale batlamuoa hammoho le liphoofolo. U etse sena hammoho le moprista Eleazare le lihlooho tsa malapa a sechaba. 27 U arole lintho tse hapuoeng ka likarolo tse peli hore li tle li fuoe masole a tsoang ntoeng le sechaba kaofela.+ 28 U nkele Jehova lekhetho ho masole a neng a ile ntoeng, e leng motho a le mong sehlopheng sa batho ba 500 le phoofolo e le ’ngoe ho tse 500 mehlapeng ea liphoofolo tse kholo, mehlapeng ea linku, lipoli le litonki. 29 U nke lekhetho leo karolong eo ba e fuoeng ’me u le fe moprista Eleazare e le monehelo oa Jehova.+ 30 Karolong e fuoeng Baiseraele, u lokela ho nka motho a le mong ho ba 50, u nke phoofolo e le ’ngoe ho tse 50 mehlapeng ea liphoofolo tse kholo, mehlapeng ea linku le lipoli, litonking le phoofolong ea mofuta o mong le o mong ’me u li fe Balevi+ ba ikarabellang ka mosebetsi oa tabernakele ea Jehova.”+

31 Kahoo, Moshe le moprista Eleazare ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. 32 Lintho tseo ba li nkileng, thepa e hapuoeng eo masole a neng a e nkile, e ne e le mohlape oa linku le lipoli tse 675 000, 33 mohlape oa liphoofolo tse kholo tse 72 000 34 le litonki tse 61 000. 35 Banana ba neng ba e-s’o ka ba etsa thobalano+ ba ne ba le 32 000. 36 Karolo e neng e fuoe ba neng ba ile ntoeng e ne e le mohlape oa linku le lipoli tse 337 500. 37 Lekhetho la Jehova mohlapeng oa linku le lipoli e ne e le tse 675. 38 Mohlapeng oa liphoofolo tse kholo ho ne ho e-na le tse 36 000 ’me lekhetho la Jehova mohlapeng oo e ne e le tse 72. 39 Ho ne ho e-na le litonki tse 30 500 ’me lekhetho la tsona bakeng sa Jehova e ne e le tse 61. 40 Ho ne ho e-na le batho ba 16 000 ’me lekhetho la Jehova e ne e le batho ba 32. 41 Joale Moshe a fana ka lekhetho e le monehelo oa Jehova ho moprista Eleazare+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

42 Karolong e fuoeng Baiseraele, eo Moshe a e arotseng ho lintho tsa banna ba tsoang ntoeng, 43 karolong eo ho ne ho e-na le mohlape oa linku le lipoli tse 337 500, 44 mohlape oa liphoofolo tse kholo tse 36 000, 45 litonki tse 30 500 46 le batho ba 16 000. 47 Joale karolong e fuoeng Baiseraele Moshe a nka motho a le mong ho ba 50 le phoofolo e le ’ngoe ho tse 50 ’me a li fa Balevi+ bao boikarabelo ba bona e neng e le ho hlokomela tabernakele ea Jehova+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

48 Eaba banna ba okametseng likete tsa mabotho a sesole,+ e leng balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo, ba atamela Moshe 49 ’me ba re ho eena: “Bahlanka ba hao ba balile banna ba ntoa bao re ba okametseng ’me ha ho le ea mong eo ho tlalehiloeng hore ha a eo ho rona.+ 50 Kahoo, e mong le e mong oa rona a hlahise seo a se fumaneng e le nyehelo ea Jehova, lintho tsa khauta, lifaha tsa maotong, lifaha tse roaloang matsohong, lireng tse tempang, masale le mabenyane a mang, e le ho kopa tšoarelo ea libe bakeng sa rona ka pel’a Jehova.”

51 Kahoo, Moshe le moprista Eleazare ba amohela khauta ho bona, e leng mabenyane ’ohle. 52 Khauta eohle ea monehelo oo ba o fileng Jehova e ne e le lik’hilokramo tse ka bang 191,* e tsoa ho balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo. 53 E mong le e mong ho banna ba lebotho la sesole o ne a inketse lintho tse hapuoeng. 54 Moshe le moprista Eleazare ba amohela khauta ho balaoli ba ba likete le ho balaoli ba ba makholo ’me ba e tlisa tenteng ea pokano e le khopotso* ho sechaba sa Iseraele ka pel’a Jehova.

32 Bara ba Rubene+ le bara ba Gade+ ba ne ba e-na le liphoofolo tse ngata haholo ’me ba bona hore naha ea Jazere+ le ea Gileade e ne e le libaka tse ntle bakeng sa liphoofolo. 2 Kahoo, bara ba Gade le bara ba Rubene ba tla ho Moshe, ho moprista Eleazare le ho likhosana tsa sechaba ’me ba re: 3 “Atarothe, Dibone, Jazere, Nimra, Heshbone,+ Eleale, Sebame, Nebo+ le Beone,+ 4 naha eo Jehova a e hlotseng ka pel’a sechaba sa Iseraele,+ ke naha e ntle bakeng sa liphoofolo ’me re na le liphoofolo tse ngata.”+ 5 Ba boela ba re: “Haeba u lumela, re kopa u re fe naha ena. U se ke oa re tšelisa Jordane.”

6 Moshe a re ho bara ba Gade le bara ba Rubene: “Na le batla hore bana ba bo lona ba ee ntoeng ha lona le setse moo? 7 Ke hobane’ng ha le batla ho nyahamisa sechaba sa Iseraele hore se se ke sa tšelela naheng eo Jehova a tla se fa eona? 8 Ke eona ntho eo bo-ntate ba lona ba e entseng ha ke ba romela ho ea bona naha ba le Kadeshe-barnea.+ 9 Ha ba nyolohela Khohlong* ea Eshkole+ ’me ba bona naha, ba ile ba nyahamisa sechaba sa Iseraele hore se se ke sa ea naheng eo Jehova a neng a tla se fa eona.+ 10 Jehova o ile a halefa haholo letsatsing leo hoo a ileng a hlapanya a re:+ 11 ‘Banna ba tsoileng Egepeta ba lilemo li 20 ho ea holimo ba ke ke ba bona naha+ eo ke hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo+ hore ke tla ba fa eona hobane ha baa ka ba ntatela ka lipelo tsohle tsa bona, 12 ntle ho Kalebe+ mora oa Jefune Mokenize le Joshua+ mora oa Nune hobane ba latetse Jehova ka lipelo tsohle tsa bona.’+ 13 Jehova o ile a halefela Baiseraele haholo ’me a etsa hore ba lelere lefeelleng ka lilemo tse 40,+ ho fihlela moloko oohle o neng o etsa bobe mahlong a Jehova o fela.+ 14 Joale lona banna ba nang le sebe le etsisa bo-ntate ba lona hantle ka ho etsa hore Jehova a halefele Iseraele le ho feta. 15 Haeba le ka tlohela ho mo latela, o tla ba tlohela hape lefeelleng ’me le tla etsa hore sechaba sena sohle se felisoe.”

16 Hamorao ba mo atamela ba re: “A re haheng masaka a majoe mona bakeng sa liphoofolo tsa rona le metse bakeng sa bana ba rona. 17 Empa rona re tla lula re hlometse bakeng sa ntoa+ ’me re tla tsamaea ka pel’a Baiseraele ho fihlela re ba tlisitse sebakeng sa bona. Bana ba rona ba tla sala metseng e sirelelitsoeng ka marako, ba bolokehile ho baahi ba naha. 18 Re ke ke ra khutlela matlong a rona ho fihlela e mong le e mong oa Baiseraele a fumane karolo ea hae ea naha e le lefa.+ 19 Etsoe re ke ke ra fumana lefa hammoho le bona ka lehlakoreng le ka nģ’ane ho Jordane kaha re fumane lefa la rona ka lehlakoreng le ka bochabela la Jordane.”+

20 Moshe a re ho bona: “Haeba le tla nka lihlomo bakeng sa ntoa feela joalokaha Jehova a boletse+ 21 ’me haeba kaofela ha lona le nka lihlomo ’me le tšela Jordane ka pel’a Jehova ha a leleka lira tsa hae ka pel’a hae+ 22 ho fihlela naha e hloloa ka pel’a Jehova,+ ka mor’a moo le ka ’na la khutla+ ’me le tla hloka molato ka pel’a Jehova le Iseraele. Joale naha ena e tla ba ea lona ka pel’a Jehova.+ 23 Empa haeba le sa etse joalo le tla be le sitetsoe Jehova. Tabeng eo, le tsebe hore le tla fumana kotlo ka lebaka la sebe sa lona. 24 Kahoo, le ka ’na la hahela bana ba lona metse le masaka bakeng sa mehlape ea lona+ empa le lokela ho etsa seo le se tšepisitseng.”

25 Bara ba Gade le bara ba Rubene ba re ho Moshe: “Rona bahlanka ba hao re tla etsa feela joalokaha u re laela morena oa rona. 26 Bana ba rona, basali ba rona, mehlape ea rona le liphoofolo tsohle tsa rona li tla sala metseng ea Gileade.+ 27 Bahlanka ba hao ba tla tšela, banna bohle ba hlometseng bakeng sa ntoa ka pel’a Jehova+ feela joalokaha u re bolella morena oa rona.”

28 Kahoo, Moshe a fana ka taelo mabapi le bona ho moprista Eleazare, ho Joshua mora oa Nune le ho baeta-pele ba malapa a Iseraele. 29 Moshe a re ho bona: “Haeba banna bohle ba hlometseng bakeng sa ntoa ka pel’a Jehova ba leloko la Gade le la Rubene ba ka tšela Jordane le lona eaba le hapa naha, le ba fe naha ea Gileade hore e be ea bona.+ 30 Empa haeba ba sa nke lihlomo ’me ba sa tšele le lona, joale ba tla lula le lona naheng ea Kanana.”

31 Eaba bara ba Gade le bara ba Rubene ba re: “Re tla etsa seo Jehova a re boleletseng sona. 32 Re tla nka lihlomo ’me re tšelele naheng ea Kanana ka pel’a Jehova+ empa lefa leo re tla le fuoa le tla ba ka lehlakoreng lena la Jordane.” 33 Kahoo, Moshe a fa bara ba Gade, bara ba Rubene+ le halofo ea leloko la Manase+ mora oa Josefa ’muso oa Sihone+ morena oa Baamore le ’muso oa Oge+ morena oa Bashane, e leng naha eohle le metse eohle e haufi le naha eo.

34 Bara ba Gade ba haha* Dibone,+ Atarothe,+ Aroere,+ 35 Aterothe-shofane, Jazere,+ Jogbeha,+ 36 Bethe-nimra+ le Bethe-harane,+ metse e sirelelitsoeng ka marako ’me ba haha masaka bakeng sa mehlape. 37 Bara ba Rubene ba haha Heshbone,+ Eleale,+ Kiriathaime,+ 38 Nebo+ le Baale-meone,+ (mabitso a eona a fetotsoe) le Sibma ’me ba qala ho reha metse eo ba e hahileng bocha mabitso a mang.

39 Bara ba Makire+ mora oa Manase ba hlasela Gileade ba e hapa ’me ba leleka Baamore ba neng ba le ho eona. 40 Kahoo, Moshe a fa Makire mora oa Manase sebaka sa Gileade,* ’me a lula teng.+ 41 Jaire mora oa Manase a hlasela Baamore ’me a hapa metsana ea bona ea litente eaba o qala ho e bitsa Havothe-jaire.*+ 42 Noba a hlasela Kenathe ’me a e hapa hammoho le metse e haufi* le eona ’me a qala ho e rehella ka lebitso la hae la Noba.

33 Ena e ne e le mekhahlelo ea leeto la Baiseraele ha ba ne ba tsoa naheng ea Egepeta+ ka lihlopha tsa bona*+ ba tataisoa ke Moshe le Arone.+ 2 Moshe a ’na a tlaleha libaka tseo ba tlohang ho tsona ka mekhahlelo ea leeto la bona ho ea ka taelo ea Jehova. Ena ke mekhahlelo ea leeto la bona ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng:+ 3 Ba tloha Ramsese+ ka khoeli ea pele, letsatsing la bo15 la khoeli.+ Letsatsi feela ka mor’a Paseka,+ Baiseraele ba tloha ba sa tšoha letho* Baegepeta bohle ba ntse ba ba shebile. 4 Ka nako eo, Baegepeta ba ne ba pata matsibolo ’ohle ao Jehova a neng a a bolaile har’a bona+ hobane Jehova o ne a ahlotse melimo ea bona ’me a e file kotlo.+

5 Kahoo, Baiseraele ba tloha Ramsese ’me ba hloma litente tsa bona Sukothe.+ 6 Joale ba tloha Sukothe ’me ba hloma litente tsa bona Ethame,+ e moeling oa lefeella. 7 Ka mor’a moo ba tloha Ethame ’me ba khutlela Pihahirothe, e ka pel’a Baale-zefone+ ’me ba hloma litente tsa bona ka pel’a Migdole.+ 8 Ka mor’a moo, ba tloha Pihahirothe ’me ba feta har’a leoatle+ ho ea lefeelleng.+ Ba tsamaea leeto la matsatsi a mararo lefeelleng la Ethame+ eaba ba hloma litente tsa bona Mara.+

9 Joale ba tloha Mara ’me ba fihla Elime. Elime ho ne ho e-na le liliba tse 12 tsa metsi le lifate tsa lipalema tse 70, kahoo, ba hloma litente tsa bona teng.+ 10 Ka mor’a moo ba tloha Elime ’me ba hloma litente tsa bona pel’a Leoatle le Lefubelu. 11 Ka mor’a moo, ba tloha Leoatleng le Lefubelu ’me ba hloma litente tsa bona lefeelleng la Sine.+ 12 Joale ba tloha lefeelleng la Sine ’me ba hloma litente tsa bona Dofeka. 13 Hamorao ba tloha Dofeka ’me ba hloma litente tsa bona Alushe. 14 Ka mor’a moo, ba tloha Alushe ’me ba hloma litente tsa bona Refidime,+ moo ho neng ho se na metsi hore sechaba se noe. 15 Ka mor’a moo, ba tloha Refidime ’me ba hloma litente tsa bona lefeelleng la Sinai.+

16 Ba tloha lefeelleng la Sinai ’me ba hloma litente tsa bona Kibrothe-hatava.+ 17 Joale ba tloha Kibrothe-hatava ’me ba hloma litente tsa bona Hazerothe.+ 18 Ka mor’a moo, ba tloha Hazerothe ’me ba hloma litente tsa bona Rithma. 19 Ka mor’a moo, ba tloha Rithma ’me ba hloma litente tsa bona Rimone-pereze. 20 Joale ba tloha Rimone-pereze ’me ba hloma litente tsa bona Libna. 21 Ba tloha Libna ’me ba hloma litente tsa bona Risa. 22 Ka mor’a moo, ba tloha Risa ’me ba hloma litente tsa bona Kehelatha. 23 Joale ba tloha Kehelatha ’me ba hloma litente tsa bona Thabeng ea Shefere.

24 Ka mor’a moo, ba tloha Thabeng ea Shefere ’me ba hloma litente tsa bona Harada. 25 Joale ba tloha Harada ’me ba hloma litente tsa bona Makhelothe. 26 Ka mor’a moo, ba tloha+ Makhelothe ’me ba hloma litente tsa bona Tahathe. 27 Ka mor’a moo, ba tloha Tahathe ’me ba hloma litente tsa bona Tera. 28 Joale ba tloha Tera ’me ba hloma litente tsa bona Mithka. 29 Hamorao ba tloha Mithka ’me ba hloma litente tsa bona Hashmona. 30 Ka mor’a moo, ba tloha Hashmona ’me ba hloma litente tsa bona Moserothe. 31 Joale ba tloha Moserothe ’me ba hloma litente tsa bona Bene-jakane.+ 32 Ba tloha Bene-jakane ’me ba hloma litente tsa bona Hore-hagidegade. 33 Ka mor’a moo, ba tloha Hore-hagidegade ’me ba hloma litente tsa bona Jotbatha.+ 34 Hamorao ba tloha Jotbatha ’me ba hloma litente tsa bona Abrona. 35 Joale ba tloha Abrona ’me ba hloma litente tsa bona Ezione-gebere.+ 36 Ka mor’a moo, ba tloha Ezione-gebere ’me ba hloma litente tsa bona lefeelleng la Zine+ e leng Kadeshe.

37 Hamorao ba tloha Kadeshe ’me ba hloma litente tsa bona Thabeng ea Hore,+ moeling oa naha ea Edomo. 38 Moprista Arone a nyolohela Thabeng ea Hore ka taelo ea Jehova ’me a shoela teng selemong sa bo40 ka mor’a hore Baiseraele ba tsoe naheng ea Egepeta, ka khoeli ea bohlano, ka letsatsi la pele la khoeli.+ 39 Arone o ne a le lilemo li 123 ha a shoela Thabeng ea Hore.

40 Joale morena oa Arade+ oa Mokanana ea neng a lula Negebe naheng ea Kanana, a utloela hore Baiseraele baa tla.

41 Ka mor’a nako ba tloha Thabeng ea Hore+ ’me ba hloma litente tsa bona Zalmona. 42 Ka mor’a moo, ba tloha Zalmona ’me ba hloma litente tsa bona Punone. 43 Ka mor’a moo, ba tloha Punone ’me ba hloma litente tsa bona Obothe.+ 44 Joale ba tloha Obothe ’me ba hloma litente tsa bona Iye-abarime, moeling oa Moabe.+ 45 Hamorao ba tloha Iyime ’me ba hloma litente tsa bona Dibone-gade.+ 46 Ka mor’a moo, ba tloha Dibone-gade ’me ba hloma litente tsa bona Almone-diblathaime. 47 Joale ba tloha Almone-diblathaime ’me ba hloma litente tsa bona lithabeng tsa Abarime+ pel’a Nebo.+ 48 Qetellong ba tloha lithabeng tsa Abarime ’me ba hloma litente tsa bona lehoatateng la Moabe pel’a Jordane haufi le Jeriko.+ 49 Ba hloma litente tsa bona pel’a Jordane, ho tloha Bethe-jeshimothe ho ea fihla Abele-shitime,+ lehoatateng la Moabe.

50 Jehova a bua le Moshe lehoatateng la Moabe pel’a Jordane haufi le Jeriko a re: 51 “Bua le Baiseraele u re ho bona, ‘Tšelelang ka nģ’ane ho Jordane, le ee naheng ea Kanana.+ 52 Le leleke baahi bohle ba naha ka pel’a lona ’me le senye majoe ’ohle a bona a betliloeng+ le litšoantšo tsohle tsa bona tsa tšepe*+ ’me le lokela ho senya libaka tsohle tsa bona tse phahameng tse halalelang.+ 53 Le hape naha eo ’me le lule ho eona hobane ke tla le fa naha eo hore e be ea lona.+ 54 Le arolele malapa a lona naha eo ka lotho+ hore e be ea lona. Sehlopha se nang le batho ba bangata le se ekeletse lefa ’me le fokotse lefa la sehlopha se senyenyane.+ Lefa la e mong le e mong le tla ba moo lotho ea hae e oelang teng. Le tla fumana karolo ea lona ea naha e le lefa ho ea ka maloko a bo-ntate ba lona.+

55 Leha ho le joalo, haeba le sa leleke baahi ba naha eo ka pel’a lona,+ bao le ba lumellang hore ba phele le lona, ba tla ba joaloka ntho e fahlang ka mahlong a lona le meutloa ’meleng ea lona* ’me ba tla le tšoenya naheng eo le tla lula ho eona.+ 56 Ke tla le fa kotlo eo ke neng ke rerile ho ba fa eona.’”+

34 Jehova a boela a bua le Moshe a re: 2 “Bolella Baiseraele litaelo tsena: ‘Ha le kena naheng ea Kanana,+ le tla fuoa naha eo hammoho le meeli ea eona e le lefa.+

3 Moeli oa lona o ka boroa o name ho tloha lefeelleng la Zine haufi le Edomo ’me moeli oa lona o ka boroa lehlakoreng le ka bochabela, o tla tloha qetellong ea Leoatle la Letsoai.*+ 4 Moeli oa lona o thinye, o fete ka boroa ho moepa oa Akrabime+ ’me o tsoele pele ho ea fihla Zine, ebe o fella ka boroa ho Kadeshe-barnea.+ Ho tloha moo o tla fihla Hazare-adare+ o be o fetele Azmone. 5 Moeli o thinye Azmone ho ea Khohlong* ea Egepeta ’me o felle Leoatleng.*+

6 Moeli oa lona o ka bophirimela e tla ba Leoatle le Leholo* le lebopo la leoatle. Ona e tla ba moeli oa lona o ka bophirimela.+

7 Joale ona e tla ba moeli oa lona o ka leboea: Ho tloha Leoatleng le Leholo, le tšoaee Thaba ea Hore e le moeli oa lona. 8 Ho tloha Thabeng ea Hore le tšoaee moeli ho fihlela Lebo-hamathe*+ ’me moeli o fihle le Zedade.+ 9 Moeli o tsoele pele ho ea fihla Zifrone ’me o felle Hazare-enane.+ Ona e tla ba moeli oa lona o ka leboea.

10 Joale le tšoaee moeli oa lona oa ka bochabela ho tloha Hazare-enane ho ea Shefame. 11 Moeli oo o tlohe Shefame ho ea Ribla ka bochabela ho Aine ’me moeli o theohe, o fete maralla a ka bochabela a Leoatle la Kinerethe.*+ 12 Moeli o fihle Jordane ’me o felle Leoatleng la Letsoai.+ Ena e tla ba naha ea lona le meeli e e pota-potileng.’”+

13 Kahoo, Moshe a re ho Baiseraele: “Naha ena e tla ba ea lona ’me le tla e arola ka lotho+ feela joalokaha Jehova a laetse hore e fuoe meloko e robong le halofo. 14 Ba leloko la Barubene, la Bagade le halofo ea leloko la Manase, ba se ba nkile lefa la bona.+ 15 Meloko eo e ’meli le halofo e se e nkile lefa la eona ka lehlakoreng le ka bochabela la sebaka sa Jordane pel’a Jeriko.”+

16 Jehova a boela a bua le Moshe a re: 17 “Mabitso a banna ba tla le arolela naha e tla ba ea lona ke moprista Eleazare+ le Joshua+ mora oa Nune. 18 Le tla nka khosana e le ’ngoe lelokong ka leng ho arola naha eo e tla ba lefa la lona.+ 19 Ana ke mabitso a likhosana tseo: Lelokong la Juda+ e be Kalebe+ mora oa Jefune, 20 lelokong la bara ba Simeone+ e be Shemuele mora oa Amihude, 21 lelokong la Benjamine+ e be Elidade mora oa Kislone, 22 lelokong la bara ba Dane+ e be khosana Buki mora oa Jogli, 23 ho bara ba Josefa,+ lelokong la bara ba Manase+ e be khosana Haniele mora oa Efode, 24 lelokong la bara ba Efraime+ e be khosana Kemuele mora oa Shiftane, 25 lelokong la bara ba Zabulone+ e be khosana Elizafane mora oa Parenake, 26 lelokong la bara ba Isakare+ e be khosana Paltiele mora oa Azane, 27 lelokong la bara ba Ashere+ e be khosana Akihude mora oa Shelomi, 28 lelokong la bara ba Nefthali+ e be khosana Pedahele mora oa Amihude.” 29 Bana ke bao Jehova a ba laetseng hore ba arolele Baiseraele naha ea Kanana.+

35 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe lehoatateng la Moabe, pel’a Jordane+ haufi le Jeriko a re: 2 “Bolella Baiseraele hore lefeng leo ba tla le fuoa, ba fe Balevi metse eo ba ka lulang ho eona+ ’me ba fe Balevi makhulo a pota-potileng metse eo.+ 3 Ba lule metseng eo ’me makhulo e tla ba a mehlape ea bona, a thepa ea bona le a liphoofolo tsohle tsa bona. 4 Makhulo a metse ao le tla a fa Balevi e tla ba limithara tse 445* ho tloha lerakong ho pota-pota motse oohle. 5 Le lekanye limithara tse 890* ka ntle ho motse lehlakoreng le ka bochabela, tse 890 ka lehlakoreng le ka boroa, tse 890 ka lehlakoreng le ka bophirimela le tse 890 ka lehlakoreng le ka leboea, motse o le bohareng. Ana e tla ba makhulo a metse ea bona.

6 Metse eo le tla e fa Balevi e tla ba metse e tšeletseng ea setšabelo,+ eo le tla fana ka eona hore ’molai a balehele teng+ hammoho le metse e meng e 42. 7 Metse eohle eo le tla e fa Balevi e be metse e 48 hammoho le makhulo a eona.+ 8 Metse eo le tla ba fa eona e be e tsoang lefeng la Baiseraele.+ Lelokong le nang le batho ba bangata le nke metse e mengata ’me ho leloko le nang le batho ba seng bakae le nke e seng mekae.+ Leloko ka leng le fe Balevi e meng ea metse ea lona ho ea ka hore na leloko leo le fumane lefa le lekae.”

9 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe a re: 10 “Bua le Baiseraele ’me u re ho bona, ‘Tšelelang ka nģ’ane ho Jordane le ee naheng ea Kanana.+ 11 Le ikhethele metse e le loketseng eo e tla ba metse ea lona ea setšabelo, moo ’molai ea bolaeang motho e se ka morero a tla balehela teng.+ 12 Metse ena e tla ba setšabelo bakeng sa lona ha le baleha motho ea amanang le motho ea bolailoeng*+ e le hore ’molai a se ke a shoa ho fihlela nyeoe ea hae e hlahlojoa ka pel’a phutheho.+ 13 Metse e tšeletseng ea setšabelo eo le tla fana ka eona e tla sebelisetsoa morero ona. 14 Le fane ka metse e meraro ka lehlakoreng lena la Jordane+ le metse e meraro naheng ea Kanana+ hore e be metse ea setšabelo. 15 Metse ena e tšeletseng e tla ba setšabelo bakeng sa Baiseraele, bakeng sa molichaba+ le bakeng sa moahi ea sa tsoa fihla har’a bona hore mang kapa mang ea bolaeang motho e se ka morero a balehele teng.+

16 Empa haeba a mo otlile ka ntho e entsoeng ka tšepe ’me a shoa, ke ’molai. ’Molai o lokela ho bolaoa.+ 17 Haeba a mo otlile ka lejoe le neng le ka mo bolaea ’me a shoa, ke ’molai. ’Molai o lokela ho bolaoa. 18 Haeba a mo otlile ka ntho e entsoeng ka lepolanka e neng e ka mo bolaea ’me a shoa, ke ’molai. ’Molai o lokela ho bolaoa.

19 Motho ea amanang le motho ea bolailoeng ke eena ea tla bolaea ’molai. Ha a kopana le eena, o tla mo bolaea. 20 Haeba a shoele hobane a mo sutumelitse ka lebaka la lehloeo kapa a mo betsitse ka ntho e itseng ka morero oa ho mo lematsa*+ 21 kapa ka lebaka la lehloeo a mo otlile ka letsoho ’me a shoa, ea mo otlileng o tla bolaoa. Ke ’molai. Motho ea amanang le motho ea bolailoeng o tla bolaea ’molai ha a kopana le eena.

22 Empa haeba a mo sutumelitse e se ka boomo ebile e se hobane a mo hloile kapa a mo betsitse ka ntho leha e le efe e se ka morero oa ho mo lematsa*+ 23 kapa haeba a sa mo bona ’me a entse hore lejoe le mo oele holimo empa e ne e se sera sa hae kapa a ne a sa batle ho mo ntša kotsi ’me motho eo a shoa, 24 phutheho e ahlole pakeng tsa hae le motho ea amanang le motho ea bolailoeng, ho ea ka likahlolo tsena.+ 25 Joale phutheho e pholose ’molai letsohong la motho ea amanang le motho ea bolailoeng ’me e mo khutlisetse motseng oa hae oa setšabelo oo a neng a balehetse ho oona ’me a lule ho oona ho fihlela moprista ea phahameng ea tlotsitsoeng ka oli e halalelang a shoa.+

26 Empa haeba ’molai a tlola moeli oa motse oa habo oa setšabelo oo a balehetseng ho oona 27 ’me motho ea amanang le motho ea bolailoeng a mo fumana ka ntle ho moeli oa motse oa habo oa setšabelo ’me a bolaea ’molai, ha a na molato oa mali. 28 ’Molai a lule motseng oa habo oa setšabelo ho fihlela moprista ea phahameng a shoa. Empa ka mor’a lefu la moprista ea phahameng, ’molai a ka khutlela naheng ea hae.+ 29 Lintho tsena e tla ba litaelo tsa kahlolo bakeng sa lona melokong eohle ea lona libakeng tsohle tsa lona tsa bolulo.

30 Haeba motho a bolaea e mong ’me ho e-na le bopaki* bo fanoeng ke lipaki+ ba hore o mo bolaile, motho eo a bolaoe hobane ke ’molai.+ Empa ha ho na motho ea tla bolaoa ka lebaka la bopaki ba paki e le ’ngoe feela. 31 Le se ke la amohela chelete ea ho lopolla bophelo ba ’molai ea tšoanelang ho shoa hobane o lokela ho bolaoa.+ 32 Le se ke la amohela chelete ea topollo ho ea balehetseng motseng oa habo oa setšabelo ’me la mo lumella hore a qale hape ho lula naheng ea hae pele moprista ea phahameng a shoa.

33 Le se ke la silafatsa naha eo le lulang ho eona hobane mali a silafatsa naha.+ Ho ke ke ha e-ba le tšoarelo ea libe bakeng sa mali a tšollotsoeng holim’a naha, ntle le ka mali a ea a tšollotseng.+ 34 Le se ke la silafatsa naha eo le lulang ho eona, eo ke lulang ho eona hobane ’na, Jehova, ke lula har’a sechaba sa Iseraele.’”+

36 Lihlooho tsa malapa a litloholo tsa Gileade mora oa Makire+ mora oa Manase tse neng li tsoa malapeng a bara ba Josefa, tsa atamela ’me tsa bua ka pel’a Moshe le likhosana tsa Baiseraele. 2 Tsa re ho bona: “Jehova o laetse uena, morena oa rona hore u abele Baiseraele naha ka lotho+ e le lefa ’me Jehova o laetse uena morena oa rona hore u fane ka lefa la ngoan’abo rona Zelofehade ho barali ba hae.+ 3 Haeba ba nyaloa ke banna ba tsoang lelokong le leng la Iseraele, lefa la basali bao le lona le tla tlosoa lefeng la bo-ntate ba rona, le ekelletsoe lefeng la leloko leo ba tla beng ba nyetsoe ho lona ’me le tla tlosoa lefeng leo re le fuoeng ka lotho. 4 Joale ha Selemo sa Tokoloho*+ se fihla bakeng sa sechaba sa Iseraele, lefa la basali bao le lona le tla ekelletsoa lefeng la leloko leo ba tla beng ba nyetsoe ho lona ’me lefa la bona le tla tlosoa lefeng la leloko la bo-ntate ba rona.”

5 Joale Moshe a bolella Baiseraele seo Jehova a ba laetseng sona a re: “Ntho eo leloko la bara ba Josefa le e buang ke ’nete. 6 Jehova o fane ka taelo ena bakeng sa barali ba Zelofehade: ‘Ba ka nyaloa ke mang kapa mang eo ba mo ratang. Leha ho le joalo, ba lokela ho nyaloa ke motho ea tsoang lelokong la ntate oa bona. 7 Ha ho na lefa la Baiseraele le tla potoloha ho tloha lelokong le leng ho ea ho le leng hobane Baiseraele ba lokela ho khomarela lefa la leloko la baholo-holo ba bona. 8 Morali e mong le e mong ea nang le lefa lelokong la Iseraele o lokela ho nyaloa ke motho ea tsoang lelokong la ntate oa hae,+ e le hore Baiseraele ba se ke ba lahleheloa ke lefa la baholo-holo ba bona. 9 Ha ho na lefa le tla potoloha ho tloha lelokong le leng ho ea ho le leng hobane leloko le leng le le leng la Iseraele le lokela ho khomarela lefa la lona.’”

10 Barali ba Zelofehade ba ile ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+ 11 Kahoo, barali ba Zelofehade e leng Mahela, Tirza, Hogla, Milka le Noe,+ ba ile ba nyaloa ke bara ba bo-rangoane ba bona. 12 Ba ile ba nyaloa ke banna ba tsoang lelapeng la Manase mora oa Josefa e le hore lefa la bona le se ke la tloha lelokong la ntate oa bona.

13 Tsena ke litaelo le melao eo Jehova a e fileng Baiseraele ka Moshe lehoatateng la Moabe pel’a Jordane haufi le Jeriko.+

Kapa: “tabernakeleng.”

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a bona.”

E leng motho eo e seng Molevi.

Sehlopha ka seng se na le maloko a mararo.

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a bona.”

Kapa: “ho lebela; ho sebeletsa.”

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a bona.”

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a sona.”

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a bona.”

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a bona.”

Ka Seheberu: “bao matsoho a bona a neng a tlatsitsoe matla.”

E leng motho eo e seng oa leloko la Arone.

E leng litšepe tse khutšoanyane tse kokotelloang fatše hore li tšehetse tente.

E leng motho eo e seng Molevi.

Ka Seheberu: “lishekele tse hlano.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “ho ea ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “ligera tse 20.” Gera e lekana le likramo tse 0,57. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lishekele tse 1 365.” Shekele e le ’ngoe e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “molomo.”

E leng phoofolo ea leoatleng.

Kapa: “le ’mala o sekareleta.”

E leng phoofolo ea leoatleng.

Kapa: “matlao.” Sheba Tlhaloso.

E leng phoofolo ea leoatleng.

E leng phoofolo ea leoatleng.

E leng phoofolo ea leoatleng.

Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tšetsoeng ke mafura a mahlabelo.

E leng phoofolo ea leoatleng.

Ka Seheberu: “Mojaro.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Oli ena e ne e tšeloa hloohong ea motho ea khethoang hore a etse mosebetsi o itseng.

E leng phoofolo ea leoatleng.

E leng litšepe tse khutšoanyane tse kokotelloang fatše hore li tšehetse tente.

Kapa: “ke lulang ka nakoana.”

Ka Seheberu: “Ba.”

Ka Seheberu: “ba se entseng.”

E leng karolo ea leshome ea efa. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ha u ntse u le tlas’a bolaoli ba monna oa hao.”

Ka Seheberu: “kano e akarelletsang thohako.”

Ka Seheberu: “hore serope sa hao se senyehe.”

Ka Seheberu: “hore serope sa hao se senyehe.”

Kapa: “Ha ho be joalo! Ha ho be joalo!”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “serope sa hae se tla senyeha.”

Lentsoe la Seheberu na·zir′ le bolela “Ea Khethiloeng; Ea Inehetseng; Ea Arotsoeng.”

Ka Seheberu: “Lehare le se ke la feta hloohong ea hae.”

Kapa: “a ba haufi le.”

Kapa: “a silafatsa hlooho ea Bonazari ba hae.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “a kute hlooho ea Bonazari ba hae.”

Ka Seheberu: “a ka le khantšetsa sefahleho sa hae.”

Ka Seheberu: “halaletsa.”

Ka Seheberu: “lishekele tse 130.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lishekele tse 70.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “ho ea ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “sekotlolo se senyenyane.”

Ka Seheberu: “lishekele tse leshome.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “lipoli tse tona.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lishekele tse 2 400.”

Ka Seheberu: “lishekele tse 120.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “a tsoke” e leng ho isa koana le koana.

Ka Seheberu: “u ba tsoke” e leng ho isa koana le koana.

Ka Seheberu: “ho ba tsoka,” e leng ho isa koana le koana.

Kapa: “Ke a halalelitse.”

Ka Seheberu: “a ba tsoka,” e leng ho isa koana le koana.

Ka Seheberu: “pakeng tsa lishoalane tse peli.”

Ka Seheberu: “pakeng tsa lishoalane tse peli.”

Ka Seheberu: “pakeng tsa lishoalane tse peli.”

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a sona.”

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a sona.”

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a sona.”

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a sona.”

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a bona.”

E leng Jethro.

Kapa: “u ka ba mahlo a rona.”

Kapa: “limiriade tse likete.”

E bolelang “Ho Cha” e leng ho tuka.

E leng batho bao e seng Baiseraele.

Ke mofuta oa eie.

Ka Seheberu: “deliame.”

Kapa: “mohlokomeli oa monna.”

Kapa: “ho fihlela e tsoa linkong tsa lona.”

E leng banna ba neng ba ka ea ntoeng.

Ka Seheberu: “Na letsoho la Jehova le lekhutšoanyane?”

Kapa: “ba qala ho profeta.”

Linonyana tse nyenyane tse tenya.

Ka Seheberu: “litsoe tse peli.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lihomere tse leshome.” Homere e lekana le lilithara tse 220. Sheba Ntlha ea B14.

E bolelang “Libaka Tsa Lepato Tsa Takatso.”

Kapa: “o ne a ikokobelitse ho feta motho leha e le ofe.”

Ka Seheberu ke leru le kang pilara.

Ka Seheberu: “Ntlo eohle.”

Ka Seheberu: “Ntlong eohle ea ka, oa tšepahala.”

Ka Seheberu: “molomo le molomo.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “Jehoshua,” e bolelang “Jehova ke Poloko.”

Kapa: “hlahloba.”

Ka Seheberu: “e nonne.”

Ka Seheberu: “e otile.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “moo ho kenoang teng Hamathe.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “lifeiga.”

E bolelang “Sehlopha sa Morara.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “litloholo tsa.”

Kapa: “marutle.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “hlahloba.”

Ka Seheberu: “hobane ke bohobe ho rona.”

Ka Seheberu: “lifahleho li talimane.”

Ka Seheberu ke leru le kang pilara.

Ka Seheberu ke mollo o kang pilara.

Ka Seheberu: “joaloka motho a le mong.”

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ka ’na ea phelang.”

Kapa: “phuleng.”

Ka Seheberu: “ka ’na ea phelang.”

Ka Seheberu: “Litopo tsa lona li tla oa.”

Ka Seheberu: “phahamisitseng letsoho la ka.”

Ka Seheberu: “tsa botekatse.”

Kapa: “hlahloba.”

Ka Seheberu: “ho nketsa sera sa lona.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “hlahloba.”

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

E leng karolo ea leshome ea efa. Sheba Ntlha ea B14.

E leng kotara ea hine. Sheba Ntlha ea B14.

E leng kotara ea hine. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

E leng likarolo tse peli ho tse leshome tsa efa. Sheba Ntlha ea B14.

E leng karolo ea boraro ea hine. Sheba Ntlha ea B14.

E leng karolo ea boraro ea hine. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

E leng likarolo tse tharo ho tse leshome tsa tekanyo ea efa. Sheba Ntlha ea B14.

E leng halofo ea hine. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “Lona ba phutheho.”

Kapa: “lijo.”

Ka Seheberu: “phofo e sa siloang hantle.”

Moo ho poleloang le ho olosetsoa teng.

Ka Seheberu: “phofo e sa siloang hantle.”

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Baiseraele.”

Ka Seheberu: “phutheho eohle.”

Ka Seheberu: “phutheho eohle.”

Ka Seheberu: “phutheho eohle.”

Kapa: “litjellane.”

Kapa: “li etsa hore le etse botekatse.” Polelo ena ke mokhabo-puo. Sheba Tlhaloso.

Mohlomong ke mashala a chesang.

Kapa: “ho re laola.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Mohlomong ke mashala a chesang.

Kapa: “ha ke etse se batloang ke ’na.”

Ka Seheberu: “le bula molomo oa lona.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “la ahlamisa molomo oa lona.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Mona ho buuoa ka mashala kapa molora o neng o setse pela lipane kapa ka har’a tsona.

E leng motho eo e seng oa leloko la Arone.

Mohlomong ke mashala a chesang.

E leng motho eo e seng oa leloko la Arone.

E leng motho eo e seng oa leloko la Arone.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

E leng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e halalelitsoeng ho Molimo ka hore e neheloe ho Molimo hoo e ke keng ea khutla.

Ka Seheberu: “lishekele tse hlano.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “ho ea ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “ligera tse 20.” Gera e lekana le likramo tse 0,57. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “khathollang.”

E leng selekane se tla lula se le teng le se sa fetoheng.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “e khunoana.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “le ’mala o sekareleta.”

Kapa: “lifeiga.”

E bolelang “Ho Qabana.”

Ka Seheberu: “matsatsi.”

E leng tsela e kholo.

Ka Seheberu: “le letsoho.”

Ka Seheberu: “o tla nkeloa ho batho ba habo.” Mantsoe ana ke mokhabo-puo ’me a bolela ho shoa.

E leng tsa boprista.

E bolelang “Ho Felisoa.”

Kapa: “nyonya.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “liphula.”

Kapa: “Se bineleng.”

Ka Seheberu: “sebakeng.”

Kapa mohlomong: “lehoatata; lefeella.”

E leng tsela e kholo.

Kapa: “e e potolohileng.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “e e potolohileng.”

Ho ka etsahala hore ke Eufrate.

Kapa: “naha.”

Kapa: “naha.”

Ka Seheberu: “tonki e tšehali.”

Ka Seheberu: “a bula molomo oa tonki eo e tšehali.”

Kapa: “hore a ikoahlaee.”

Kapa mohlomong: “lehoatata; lefeella.”

Ka Seheberu: “hore ho hotle mahlong a Jehova.”

Ka Seheberu: “ho batla lipontšo tsa bomalimabe bo tlang.”

Kapa: “liphula.”

Kapa: “litloholo.”

Ka Seheberu: “e tsoang pelong ea ka.”

Kapa: “qetellong ea matsatsi.”

Ka Seheberu: “lihlooho.”

Ka Seheberu: “letsatsing.”

Kapa: “ba ikamahanya le.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “la ahlamisa molomo oa lona.”

Ka Seheberu: “u tla nkeloa ho batho ba heno.” Mantsoe ana ke mokhabo-puo ’me a bolela ho shoa.

Kapa: “ho hlompheha.”

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “pakeng tsa lishoalane tse peli.”

E leng karolo ea leshome ea efa. Sheba Ntlha ea B14.

E leng kotara ea hine. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “khathollang.”

E leng kotara ea hine. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “pakeng tsa lishoalane tse peli.”

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

E leng likarolo tse peli ho tse leshome tsa efa. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ea likhoeli tsa lona.”

Ka Seheberu: “litekanyo tse tharo ho tse leshome.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “litekanyo tse peli ho tse leshome.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “tekanyo ea leshome.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “bohobe.”

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

E leng likarolo tse tharo ho tse leshome tsa efa. Sheba Ntlha ea B14.

E leng likarolo tse peli ho tse leshome tsa efa. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “khathollang.”

Taba ena e ka bolela mekhoa e fapaneng ea ho itima lintho tse itseng, e akarelletsang ho itima lijo.

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “khathollang.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “u tla nkeloa ho batho ba heno.” Mantsoe ana ke mokhabo-puo ’me a bolela ho shoa.

Kapa: “bakeng sa lebotho la sesole.”

Kapa: “bakeng sa lebotho la sesole.”

Kapa: “litente tse pota-potiloeng ke lerako.”

E leng mofuta oa tšepe e boima.

Ka Seheberu: “lishekele tse 16 750.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “sehopotso.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “haha bocha.”

Karolo e itseng ea sebaka sa Gileade.

E bolelang “Metsana ea Litente ea Jaire.”

Kapa: “e e potolohileng.”

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a bona.”

Ka Seheberu: “ba phahamisitse matsoho.”

Kapa: “liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa.”

Ka Seheberu: “mahlakoreng a lona.”

E leng Leoatle le Shoeleng.

Sheba Tlhaloso.

E leng Leoatle le Leholo la Mediterranean.

E leng Leoatle la Mediterranean.

Kapa: “moo ho kenoang teng Hamathe.”

E leng letša la Genesarete kapa Leoatle la Galilea.

Ka Seheberu: “litsoe tse 1 000.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litsoe tse 2 000.”

Kapa: “mopheteletsi oa mali.”

Ka Seheberu: “e itseng ha a ntse a mo laletse.”

Ka Seheberu: “a ne a sa mo lalla.”

Ka Seheberu: “molomo.”

Ka Seheberu: “Jubile.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela