LEVITIKE
1 Jehova a bitsa Moshe ’me a bua le eena tenteng ea pokano+ a re: 2 “E-re ho Baiseraele,* ‘Haeba e mong oa lona a tlisetsa Jehova nyehelo e tsoang liphoofolong tse ruuoang, e lokela ho tsoa mohlapeng+ oa likhomo, oa linku kapa oa lipoli.
3 Haeba nyehelo ea hae e le nyehelo ea secheso e tsoang mohlapeng oa likhomo, a tlise e tona e phetseng hantle.+ A e tlise ka ho rata+ ka pel’a Jehova monyako oa tente ea pokano. 4 A behe letsoho hloohong ea nyehelo ea secheso ’me e tla amoheloa e le hore a tšoareloe libe.
5 Pohoana e hlajoe ka pel’a Jehova. Bara ba Arone e leng baprista,+ ba tla hlahisa mali ka pel’a Molimo ’me ba a fafatse mahlakoreng ’ohle a aletare+ e monyako oa tente ea pokano. 6 Nyehelo ea secheso e lokela ho buuoa ’me e khabeloe likotoana.+ 7 Bara ba Arone e leng baprista ba behe mashala a tukang aletareng+ ebe ba beha patsi holim’a ’ona. 8 Bara ba Arone e leng baprista ba tla beha likotoana tseo tsa nyehelo+ hammoho le hlooho le mafura a potolohileng liphio* holim’a patsi e mollong o aletareng. 9 Mala a eona le litlhakoana tsa eona li tla hlatsuoa ka metsi. Moprista a etse hore kaofela ha eona e kubelle aletareng e le nyehelo ea secheso e leng nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.*+
10 Haeba nyehelo ea hae ea secheso e tsoa mohlapeng+ oa linku le lipoli, liramong tse nyenyane kapa lipoling, a tlise e tona e phetseng hantle.+ 11 E hlabeloe lehlakoreng le ka leboea la aletare ka pel’a Jehova. Bara ba Arone e leng baprista ba fafatse mali a eona mahlakoreng ’ohle a aletare.+ 12 E khabeloe likotoana ’me moprista a e behe holim’a patsi e mollong o aletareng hammoho le hlooho le mafura a eona a potolohileng liphio.* 13 Mala le litlhakoana tsa eona li hlatsuoe ka metsi, moprista a e hlahise kaofela ka pel’a Molimo ’me a etse hore e kubelle aletareng. Ke nyehelo ea secheso e leng nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.*
14 Empa haeba a fana ka linonyana e le nyehelo ea secheso ho Jehova, a fane ka maebana kapa maebana-khoroana.+ 15 Moprista a a hlahise aletareng ’me a a phunye molaleng. A etse hore a kubelle aletareng empa mali a ’ona a ntšetsoe lehlakoreng la aletare. 16 A ntše kila le masiba a ’ona ’me a li lahlele ka thoko ho aletare, ka bochabela moo ho qhalloang molora.*+ 17 A a sehe pel’a mapheo empa a sa a arole likarolo tse peli. Moprista a etse hore a kubelle aletareng holim’a patsi e mollong. Ke nyehelo ea secheso e leng nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.*
2 Haeba motho a tlisa nyehelo ea lijo*+ ho Jehova, a tlise phofo e sitsoeng hantle, a tšele oli holim’a eona ’me a behe libano tse tšoeu holim’a eona.+ 2 A e tlise ho bara ba Arone e leng baprista. Moprista a nke phofo e sitsoeng hantle e tletseng seatla, e kopantsoeng le oli le libano tsa eona tse tšoeu. A etse hore e kubelle aletareng e le karolo e emelang nyehelo eohle*+ e leng nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.* 3 Ntho leha e le efe e setseng nyehelong ea lijo tse kotutsoeng ke ea Arone le bara ba hae.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa+ linyehelong tse chesetsoang Jehova.
4 Haeba u hlahisa nyehelo ea lijo e bakiloeng ka ontong, e be ea phofo e sitsoeng hantle, ea mahobe a selika-likoe a lesoba hare a se nang tomoso a kopantsoeng le oli kapa liphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsoeng ka oli.+
5 Haeba u hlahisa nyehelo ea lijo e tsoang paneng,+ e be ea phofo e sitsoeng hantle e se nang tomoso, e kopantsoeng le oli. 6 U e qhetsole ’me u tšele oli holim’a eona.+ Ke nyehelo ea lijo.
7 Haeba nyehelo ea hao e le nyehelo ea lijo e etsoang ka pane, e etsoe ka phofo e sitsoeng hantle le oli. 8 U tlise nyehelo ea lijo e entsoeng ka lintho tsena ho Jehova, e tla tlisoa ho moprista ’me eena o tla e atametsa pel’a aletare. 9 Moprista a nke e ’ngoe ea nyehelo ea lijo e le karolo e emelang nyehelo eohle.*+ A etse hore e kubelle aletareng e le nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.*+ 10 Ntho leha e le efe e setseng nyehelong ea lijo tse kotutsoeng ke ea Arone le bara ba hae. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa linyehelong tse chesetsoang Jehova.+
11 Ho se ke ha e-ba le nyehelo ea lijo e hlahisoang ho Jehova e nang le tomoso+ hobane ha lea lokela ho etsa hore hlama e bolila kapa mahe a linotši a kubelle e le nyehelo e chesetsoang Jehova.
12 Le ka li hlahisa ho Jehova e le nyehelo ea lihlahisoa tsa pele+ empa li se ke tsa tlisoa aletareng e le nyehelo e monko o monate.*
13 Nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea lijo tse kotutsoeng eo u e etsang e nokoe ka letsoai. U etse bonnete ba hore e lula e e-na le letsoai la selekane* sa Molimo oa hao. Ha u e tlisa, u e tlise le letsoai.+
14 Haeba u hlahisetsa Jehova nyehelo ea lijo ea lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng, u hlahise tse kotutsoeng tse besitsoeng, e leng litlhaku tsa lijo tse sa tsoa khuoa. Ke nyehelo ea lijo ea lihlahisoa tsa hao tsa pele tse butsoitseng.+ 15 U tšele oli holim’a eona ’me u behe libano tse tšoeu holim’a eona. Ke nyehelo ea lijo. 16 Moprista o tla etsa hore e kubelle e le karolo e emelang nyehelo eohle*+ e leng tse ling tsa litlhaku tsa lijo tse kotutsoeng, oli le libano tsohle tsa eona tse tšoeu. Ke nyehelo e chesetsoang Jehova.
3 Haeba nyehelo ea hae e le sehlabelo se kopanetsoeng*+ ’me e tsoa mohlapeng oa likhomo, ebang ke e tona kapa ke e tšehali, a hlahise phoofolo e phetseng hantle ka pel’a Jehova. 2 A behe letsoho hloohong ea nyehelo ea hae ’me e hlabeloe monyakong oa tente ea pokano. Bara ba Arone e leng baprista ba tla fafatsa mali a eona mahlakoreng ’ohle a aletare. 3 A hlahise ho Jehova karolo e ’ngoe ea sehlabelo se kopanetsoeng e le nyehelo e chesoang ka mollo+ e leng mafura+ a koahelang mala, mafura ’ohle a potolohileng mala, 4 liphio tse peli le mafura ’ohle a li potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le liphiong.+ 5 Bara ba Arone ba etse hore e kubelle aletareng holim’a nyehelo ea secheso e holim’a patsi e mollong.+ Ke nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.*+
6 Haeba nyehelo ea hae ea sehlabelo se kopanetsoeng sa Jehova e tsoa mohlapeng oa linku le lipoli, a hlahise phoofolo e tona kapa e tšehali e phetseng hantle.+ 7 Haeba a fana ka ramo e nyenyane e le nyehelo ea hae, a e tlise ka pel’a Jehova. 8 A behe letsoho hloohong ea nyehelo ea hae ’me e hlabeloe ka pel’a tente ea pokano. Bara ba Arone ba fafatse mali a eona mahlakoreng ’ohle a aletare. 9 A hlahise mafura a tsoang sehlabelong se kopanetsoeng e le nyehelo e chesetsoang Jehova.+ A tlose mafura ’ohle a mohatleng a haufi le lesapo la mokokotlo, mafura a koahelang mala, mafura ’ohle a potolohileng mala, 10 liphio tse peli le mafura ’ohle a li potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le liphiong.+ 11 Moprista a etse hore e kubelle aletareng e le lijo.* Ke nyehelo e chesetsoang Jehova.+
12 Haeba nyehelo ea hae e le poli, a e hlahise ka pel’a Jehova. 13 A behe letsoho hloohong ea eona ’me e hlabeloe ka pel’a tente ea pokano. Bara ba Arone ba fafatse mali a eona mahlakoreng ’ohle a aletare. 14 Karolo eo a e hlahisang e le nyehelo ea hae e chesetsoang Jehova e be mafura a koahelang mala, mafura ’ohle a potolohileng mala,+ 15 liphio tse peli le mafura a li potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le liphiong. 16 Moprista a etse hore li kubelle aletareng e le lijo.* Ke nyehelo e chesoang e monko o monate.* Mafura ’ohle ke a Jehova.+
17 Ho hang le se ke la ja mafura kapa mali.+ Ena ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa meloko ea lona, libakeng tsohle tseo le lulang ho tsona.’”
4 Jehova a re ho Moshe: 2 “E-re ho Baiseraele, ‘Haeba motho a etsa sebe a sa ikemisetsa+ ka ho etsa e ’ngoe ea lintho tseo Jehova a laetseng hore li se ke tsa etsoa:
3 Haeba moprista ea tlotsitsoeng+ a etsa sebe+ ’me a tlisetsa sechaba molato, a hlahise pohoana e phetseng hantle ho Jehova e le nyehelo ea sebe seo a se entseng.+ 4 A tlise poho monyako oa tente ea pokano+ ka pel’a Jehova, a behe letsoho holim’a hlooho ea eona ebe o e hlabela ka pel’a Jehova.+ 5 Moprista ea tlotsitsoeng+ o tla nka mali a poho a a tlise ka tenteng ea pokano. 6 Moprista a qopetse mali ka monoana+ ’me a fafatse mali a mang ka makhetlo a supileng+ ka pel’a Jehova e leng ka pel’a kharetene ea sebaka se halalelang. 7 Hape moprista a tlotse mali a mang holim’a manaka a aletare ea libano tse nkhang hamonate+ e ka pel’a Jehova ka tenteng ea pokano. A tšele mali a mang kaofela a poho karolong e ka tlase ea aletare ea nyehelo ea secheso+ e monyako oa tente ea pokano.
8 Ka mor’a moo, a tlose mafura ’ohle a poho ea nyehelo ea sebe, mafura a koahelang mala, mafura a potolohileng mala, 9 liphio tse peli le mafura a li potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le liphiong.+ 10 A tlose lintho tsena joalokaha ho etsoa ka poho ea sehlabelo se kopanetsoeng.+ Moprista a etse hore li kubelle aletareng ea nyehelo ea secheso.
11 Empa letlalo la poho, nama eohle, hlooho, litlhakoana, mala le bolokoe ba eona+ 12 e leng poho eohle, a e ntšetse ka ntle ho liahelo sebakeng se hloekileng moo ho qhalloang molora* teng ’me a e chese mollong holim’a patsi.+ E chesetsoe moo ho qhalloang molora teng.
13 Haeba sechaba sohle sa Iseraele se le molato ka ho etsa sebe se sa ikemisetsa+ e leng ntho eo Jehova a laetseng hore e se ke ea etsoa+ 14 ebe sebe seo sea tsebahala, sechaba se hlahise pohoana bakeng sa nyehelo ea sebe ’me se e tlise ka pel’a tente ea pokano. 15 Baholo ba Iseraele ba behe matsoho holim’a hlooho ea eona ka pel’a Jehova ’me poho e hlabeloe ka pel’a Jehova.
16 Moprista ea tlotsitsoeng a tlise mali a poho ka tenteng ea pokano. 17 Moprista a qopetse mali ka monoana ’me a fafatse mali a mang ka makhetlo a supileng ka pel’a Jehova ka pel’a kharetene.+ 18 A tlotse mali a mang holim’a manaka a aletare+ e ka pel’a Jehova, e tenteng ea pokano. Mali a mang kaofela a a qhalle karolong e ka tlase ea aletare ea nyehelo ea secheso e monyako oa tente ea pokano.+ 19 A tlose mafura ’ohle a eona ’me a etse hore a kubelle aletareng.+ 20 A etse seo a se entseng ka poho e ’ngoe ea nyehelo ea sebe. Moprista a ba etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe+ ’me ba tla tšoareloa. 21 A ntšetse poho ka ntle ho liahelo ’me a e chese feela joalokaha a chesitse poho ea pele.+ Ke nyehelo ea sebe bakeng sa sechaba.+
22 Ha khosana+ e etsa sebe e sa ikemisetsa ka ho etsa e ’ngoe ea lintho tseo Jehova Molimo a laetseng hore li se ke tsa etsoa ’me e le molato 23 kapa haeba khosana e hlokomela sebe seo e se entseng ka ho se mamele taelo, e tlise nyehelo ea potsanyane e tona e phetseng hantle. 24 Khosana e behe letsoho holim’a hlooho ea potsanyane ’me e e hlabele sebakeng seo nyehelo ea secheso e hlabeloang ho sona ka pel’a Jehova.+ Ke nyehelo ea sebe. 25 Moprista a qopetse mali a mang a nyehelo ea sebe ka monoana ’me a a tlotse holim’a manaka+ a aletare ea nyehelo ea secheso. A tšele mali a mang a eona kaofela karolong e ka tlase ea aletare ea nyehelo ea secheso.+ 26 A etse hore mafura ’ohle a eona a kubelle aletareng joaloka mafura a sehlabelo se kopanetsoeng.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa khosana ’me e tla tšoareloa.
27 Haeba e mong oa batho ba naha a etsa sebe a sa ikemisetsa ’me a ba molato ka ho etsa e ’ngoe ea lintho tseo Jehova a laetseng hore li se ke tsa etsoa+ 28 kapa haeba a hlokomela sebe seo a se entseng, a tlise potsanyane e tšehali e phetseng hantle e le nyehelo ea hae bakeng sa sebe seo a se entseng. 29 A behe letsoho holim’a hlooho ea nyehelo ea sebe ’me a hlabele nyehelo ea sebe sebakeng se tšoanang le sa nyehelo ea secheso.+ 30 Moprista a qopetse mali a mang a eona ka monoana ’me a a tlotse holim’a manaka a aletare ea nyehelo ea secheso. A tšele mali a mang a eona kaofela karolong e ka tlase ea aletare.+ 31 A tlose mafura ’ohle+ a eona feela joalokaha mafura a tlosoa sehlabelong se kopanetsoeng.+ Moprista a etse hore a kubelle aletareng e le monko o monate* ho Jehova. A etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa motho eo ’me o tla tšoareloa sebe sa hae.
32 Empa haeba a fana ka konyana bakeng sa nyehelo ea hae ea sebe, a tlise e tšehali e phetseng hantle. 33 A behe letsoho holim’a hlooho ea nyehelo ea sebe ’me a e hlabe e le nyehelo ea sebe sebakeng seo nyehelo ea secheso e hlabeloang ho sona.+ 34 Moprista a qopetse mali a mang a nyehelo ea sebe ka monoana ’me a a tlotse manakeng a aletare ea nyehelo ea secheso.+ A tšele mali a mang a eona kaofela karolong e ka tlase ea aletare. 35 A tlose mafura ’ohle a eona ka tsela e tšoanang le eo mafura a ramo e nyenyane ea sehlabelo se kopanetsoeng a tlosoang ka eona. Moprista a etse hore li kubelle aletareng holim’a linyehelo tsa Jehova tse chesoang ka mollo.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe tsa motho eo bakeng sa sebe seo a se entseng ’me o tla tšoareloa.+
5 Haeba motho a bone motho e mong a etsa sebe kapa a tsebile ka sona ’me a utloa hore ho batloa paki*+ empa a sa bue, o tla ba molato ebile o tla ikarabella ka sebe seo.
2 Kapa haeba motho a tšoara ntho e sa hloekang ebang ke setopo sa phoofolo e hlaha e sa hloekang, sa phoofolo e sa hloekang e ruuoang le litopo tsa libopuoa tse sa hloekang tse tsamaeang e le sehlopha,+ ha a hloeka ’me o molato le hoja a sa hlokomele. 3 Kapa haeba motho a tšoara motho ea sa hloekang ka phoso+ kapa ntho e sa hloekang e ka mo silafatsang ’me hamorao a tseba ka eona, o molato.
4 Kapa haeba motho a potlakela ho ikana hore o tla etsa ntho leha e le efe, ebang e ntle kapa e mpe ebe hamorao o hlokomela hore o ile a potlakela ho ikana o ba molato.*+
5 Haeba a e-ba molato mabapi le e ’ngoe ea lintho tsena, a bolele+ hore na o entse sebe ka tsela efe. 6 Hape a tlise nyehelo ea hae ea molato ho Jehova bakeng sa sebe seo a se entseng+ e leng phoofolo e tšehali ho tsoa mohlapeng oa linku le lipoli, ebang ke konyana e tšehali kapa potsanyane e tšehali bakeng sa nyehelo ea sebe. Moprista a etsetse motho eo sehlabelo sa ho tšoareloa libe.
7 Haeba a sa khone ho fana ka nku, a tlise maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli+ ho Jehova e le nyehelo ea molato bakeng sa sebe sa hae. Le leng e be la nyehelo ea sebe ’me le leng e be la nyehelo ea secheso.+ 8 A a tlise ho moprista ’me moprista a hlahise la nyehelo ea sebe a be a le phunye molaleng karolong e ka pele empa a se ke a le khaola molala. 9 A fafatse mali a mang a nyehelo ea sebe lehlakoreng la aletare empa mali a setseng a tla ntšetsoa karolong e ka tlase ea aletare.+ Ke nyehelo ea sebe. 10 A etse nyehelo ea secheso ka le leng ho ea ka mokhoa o tloaelehileng.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe tsa motho eo bakeng sa sebe seo a se entseng ’me o tla tšoareloa.+
11 Haeba a sa khone ho fana ka maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli, a tlise lilithara tse ka bang peli*+ tsa phofo e sitsoeng hantle e le nyehelo ea hae ea sebe. A se ke a tšela oli ho eona kapa a beha libano tse tšoeu holim’a eona ka ha ke nyehelo ea sebe. 12 A e tlise ho moprista. Moprista a nke phofo e tlalang seatla e emelang nyehelo eohle* ’me a etse hore e kubelle aletareng holim’a linyehelo tsa Jehova tse chesoang ka mollo. Ke nyehelo ea sebe. 13 Moprista a etsetse motho eo sehlabelo sa ho tšoareloa libe ka lebaka la sebe seo a se entseng ebang ke sebe le ha e le sefe ho tseo ho builoeng ka tsona ’me o tla tšoareloa.+ Se setseng nyehelong eo e tla ba sa moprista+ joalo ka nyehelong ea lijo.’”*+
14 Jehova a re ho Moshe: 15 “Haeba motho a sa tšepahale ’me a etsa sebe a sa ikemisetsa khahlanong le lintho tse halalelang tsa Jehova,+ a tlisetse Jehova ramo e phetseng hantle e tsoang mohlapeng oa linku le lipoli e le nyehelo ea molato.+ Boleng ba eona ba silevera* bo behoa ho ea ka tekanyo* e sebelisoang sebakeng se halalelang.+ 16 A patalle sebe seo a se entseng khahlanong le sebaka se halalelang a be a eketse ka karolo e le ’ngoe ho tse ling le tse ling tse hlano ka holimo ho seo a lokelang ho se patala.+ A li fe moprista e le hore a mo etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe+ ka ramo ea nyehelo ea molato ’me o tla tšoareloa.+
17 Haeba motho a etsa sebe ka phoso ka hore a etse e ’ngoe ea lintho tseo Jehova a laetseng hore li se ke tsa etsoa, o ntse a le molato ’me o tla arabella phoso ea hae.+ 18 A tlise ramo e phetseng hantle e tsoang mohlapeng ho moprista ho ea ka boleng bo behiloeng bakeng sa nyehelo ea molato.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe tsa motho eo bakeng sa sebe seo a se entseng ka phoso ’me o tla tšoareloa. 19 Ke nyehelo ea molato. Motho eo o molato hobane o foselitse Jehova.”
6 Jehova a re ho Moshe: 2 “Haeba motho a etsa sebe ’me a sa tšepahalle Jehova+ ka ho thetsa moahisani oa hae ka ntho eo a neng a mo boloketse eona+ kapa ka ntho eo a neng a mo alimme eona kapa a mo utsoetsa 3 kapa a fumana ntho e lahlehileng ’me a bua leshano ka eona, haeba a hlapanya ka leshano ka sebe seo a ka se etsang ho tsena,+ sena ke seo a lokelang ho se etsa: 4 Haeba a entse sebe ’me a le molato, o lokela ho khutlisa ntho eo a e utsoitseng, eo a e nkileng ka mahahapa, eo a e nkileng ka bolotsana, e bolokiloeng ho eena kapa ntho e lahlehileng eo a e fumaneng 5 kapa ntho le ha e le efe eo a hlapantseng ka leshano ka eona. A e khutlise e feletse+ a be a eketse ka karolo e le ’ngoe ho tse ling le tse ling tse hlano ka holimo ho seo a lokelang ho se khutlisa. A li fe mong’a eona ka letsatsi leo ho pakoang hore o molato. 6 A tlise ho moprista ramo e phetseng hantle e tsoang mohlapeng e le nyehelo ea hae ea molato ho Jehova, ho ea ka boleng bo behiloeng bakeng sa nyehelo ea molato.+ 7 Moprista a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa motho eo ka pel’a Jehova ’me o tla tšoareloa sebe leha e le sefe seo e ka ’nang eaba se entse hore a be molato.”+
8 Jehova a re ho Moshe: 9 “E-re ho Arone le bara ba hae, ‘Ona ke molao oa nyehelo ea secheso:+ Nyehelo ea secheso e be holim’a leifo aletareng bosiu bohle ho fihlela hoseng ’me mollo o lule o tuka aletareng. 10 Moprista a apare seaparo sa hae sa line+ sa mosebetsi le borikhoe bo bokhutšoanyane*+ ba line. A ntše molora*+ oa nyehelo ea secheso e chesitsoeng ke mollo holim’a aletare ’me a o behe ka thoko ho aletare. 11 A hlobole liaparo tsa hae,+ a apare tse ling ’me a ntšetse molora sebakeng se hloekileng ka ntle ho liahelo.+ 12 Mollo o lule o tuka aletareng. O se ke oa tima. Moprista a behe patsi holim’a oona+ hoseng ho hong le ho hong ’me a behe nyehelo ea secheso holim’a oona, a etse hore mafura a mahlabelo a kopanetsoeng a kubelle holim’a oona.+ 13 Mollo o lule o tuka aletareng. Ha oa lokela ho tima.
14 Ona ke molao oa nyehelo ea lijo:*+ Lona bara ba Arone le lokela ho e hlahisa ka pel’a Jehova ka pel’a aletare. 15 E mong oa bona a nke phofo e sitsoeng hantle, e tletseng seatla ea nyehelo ea lijo le oli e ’ngoe ea eona le libano tsohle tse tšoeu tse holim’a nyehelo ea lijo. A etse hore li kubelle holim’a aletare e le monko o monate* o emelang nyehelo eohle* ho Jehova.+ 16 Arone le bara ba hae ba je e setseng+ joalokaha ba ja mahobe a se nang tomoso sebakeng se halalelang. Ba e jelle lebaleng la tente ea pokano.+ 17 Ha ea lokela ho bakoa le ntho leha e le efe e nang le tomoso.+ Ke fane ka eona e le karolo ea bona linyehelong tsa ka tse chesoang ka mollo.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa+ joaloka nyehelo ea sebe le nyehelo ea molato. 18 Bohle ba batona har’a bara ba Arone ba e je.+ Ke kabelo ea bona ea ka ho sa feleng melokong eohle ea lona linyehelong tsa Jehova tse chesoang ka mollo.+ Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e thetsang linyehelo e tla halalela.’”
19 Jehova a boela a bua le Moshe a re: 20 “Ena ke nyehelo eo Arone le bara ba hae ba tla e hlahisa ho Jehova letsatsing leo Arone a tlotsoang ka lona:+ Lilithara tse ka bang peli*+ tsa phofo e sitsoeng hantle e le nyehelo ea ka mehla ea lijo,+ halofo ea eona hoseng le halofo ea eona mantsiboea. 21 E etsoe ka oli holim’a pane.+ E tlisoe e bakiloe e tsoakiloe hantle le oli ’me e hlahisoe e qhetsotsoe bakeng sa nyehelo ea lijo e tlisetsoang Jehova, e monko o monate.* 22 Moprista ea tlotsitsoeng ea hlahlamang Arone ho tsoa ho bara ba hae,+ a e etse. E etsoe e le nyehelo e feletseng hore e kubelle ho Jehova. Ona ke molao o tla lula o le teng. 23 Nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea lijo ea moprista e lokela ho ba nyehelo e feletseng. Ha ea lokela ho jeoa.”
24 Jehova a boela a re ho Moshe: 25 “E-re ho Arone le bara ba hae, ‘Ona ke molao oa nyehelo ea sebe:+ Nyehelo ea sebe le eona e hlabeloe sebakeng seo nyehelo ea secheso e hlabeloang ho sona+ ka pel’a Jehova. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa. 26 Moprista ea e nyehelang bakeng sa sebe a e je.+ E jelloe sebakeng se halalelang lebaleng la tente ea pokano.+
27 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e thetsang nama ea nyehelo e tla halalela ’me ha mang kapa mang a fafatsa mali a eona seaparong sa hae, seaparo seo se lokela ho hlatsoetsoa sebakeng se halalelang. 28 Sejana sa letsopa seo ho neng ho phehetsoe ka ho sona se lokela ho pshatloa. Empa haeba e phehetsoe ka sejaneng sa koporo, se hohloe ’me se hlatsuoe ka metsi.
29 Bohle ba batona har’a baprista ba e je.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+ 30 Empa ha ho nyehelo ea sebe e lokelang ho jeoa haeba mali a mang a eona a tlisitsoe ka tenteng ea pokano ho etsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe sebakeng se halalelang.+ E chesoe ka mollo.
7 Ona ke molao oa nyehelo ea molato:+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa. 2 Ba hlabele nyehelo ea molato moo ba hlabelang nyehelo ea secheso teng ’me mali a eona+ a fafatsoe mahlakoreng ’ohle a aletare.+ 3 A hlahise mafura ’ohle a eona,+ mohatla o mafura, mafura a koahelang mala, 4 liphio tse peli le mafura a ’ohle a li potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le liphiong.+ 5 Moprista a etse hore li kubelle aletareng e le nyehelo e chesetsoang Jehova.+ Ke nyehelo ea molato. 6 Bohle ba batona har’a baprista ba e je,+ ba e jelle sebakeng se halalelang. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+ 7 Molao oa nyehelo ea sebe o sebetsa le ho nyehelo ea molato. Kahoo, phoofolo eo moprista a etsang sehlabelo sa ho tšoareloa libe ka eona e tla ba ea hae.+
8 Ha moprista a hlahisa nyehelo ea secheso bakeng sa motho, letlalo+ la nyehelo eo e tla ba la moprista eo.
9 Nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea lijo* e bakiloeng ka ontong kapa e etselitsoeng ka har’a pane+ e tla ba ea moprista ea e hlahisang.+ 10 Empa nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea lijo e kopantsoeng le oli+ kapa e ommeng+ e tla ba ea bara bohle ba Arone, kaofela ba tla fumana karolo e lekanang.
11 Ona ke molao oa sehlabelo se kopanetsoeng+ seo motho a ka se hlahisang ho Jehova: 12 Haeba a se hlahisa e le pontšo ea ho leboha, a se hlahise le sehlabelo sa ho leboha+ sa mahobe a selika-likoe a lesoba hare a se nang tomoso a kopantsoeng le oli, liphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsoeng ka oli le mahobe a selika-likoe a lesoba hare a entsoeng ka phofo e sitsoeng hantle, e kopantsoeng hantle le oli. 13 A tlise nyehelo ea hae hammoho le mahobe a selika-likoe a lesoba hare a bohobe bo nang le tomoso le sehlabelo sa liteboho sa mahlabelo a hae a kopanetsoeng. 14 Ho tsoa ho sona a hlahise bohobe bo le bong ba mofuta o mong le o mong e le karolo e halalelang ho Jehova ’me moprista a fafatse mali a mahlabelo a kopanetsoeng.+ 15 Nama ea sehlabelo sa liteboho sa mahlabelo a hae a kopanetsoeng e jeoe letsatsing leo a e nyehelang ka lona. Ha a lokela ho boloka leha e le efe ea eona ho fihlela hoseng.+
16 Haeba sehlabelo sa nyehelo ea hae e le nyehelo ea boitlamo+ kapa ea boithaopo,+ se jeoe letsatsing leo a hlahisang sehlabelo sa hae ka lona ’me se salang se ka jeoa ka letsatsi le hlahlamang. 17 Nama leha e le efe ea sehlabelo e setseng, e chesoe ka letsatsi la boraro.+ 18 Empa haeba nama ea sehlabelo sa hae se kopanetsoeng e jeoa letsatsing la boraro, ea e hlahisang a ke ke a amoheleha. E ke ke ea amoheloa ke Molimo, ke ntho e nyonyehang ’me motho ea e jang o tla arabella phoso ea hae.+ 19 Nama e thetsang ntho e sa hloekang e se ke ea jeoa. E lokela ho chesoa ka mollo. Batho bohle ba hloekileng ba ka ja nama e hloekileng.
20 Empa motho leha e le ofe ea sa hloekang ea jang nama ea sehlabelo se kopanetsoeng sa Jehova, a bolaoe sechabeng sa habo.+ 21 Haeba motho a thetsa ntho e sa hloekang ebang ke motho ea sa hloekang+ kapa phoofolo e sa hloekang+ kapa ntho leha e le efe e nyonyehang+ e sa hloekang ’me a ja e ’ngoe ea nama ea sehlabelo se kopanetsoeng sa Jehova, motho eo o lokela ho bolaoa sechabeng sa habo.’”
22 Jehova a re ho Moshe: 23 “Bua le Baiseraele u re, ‘Le se ke la ja mafura+ leha e le afe a poho kapa a ramo e nyenyane kapa a poli. 24 Mafura a phoofolo e fumanoang e shoele le mafura a phoofolo e bolailoeng ke phoofolo e ’ngoe a ka sebelisetsoa ntho le ha e le efe empa ho hang le se ke la a ja.+ 25 Mang kapa mang ea jang mafura a phoofolo eo a e hlahisang e le nyehelo e chesetsoang Jehova, a bolaoe sechabeng sa habo.
26 Le se ke la ja mali+ a ntho leha e le efe libakeng tseo le lulang ho tsona ebang ke a linonyana kapa a liphoofolo. 27 Mang kapa mang ea jang mali, a bolaoe+ sechabeng sa habo.’”
28 Jehova a bua le Moshe a re: 29 “Bolella Baiseraele o re, ‘Mang kapa mang ea hlahisang sehlabelo sa hae se kopanetsoeng ho Jehova, o tla tlisa ho Jehova karolo e ’ngoe ea nyehelo ea hae e tsoang sehlabelong sa hae se kopanetsoeng.+ 30 A tlise mafura+ le sefuba ka matsoho a hae e le nyehelo e chesetsoang Jehova ’me o tla e tsokela koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ 31 Moprista o tla etsa hore mafura a kubelle holim’a aletare+ empa sefuba e tla ba sa Arone le bara ba hae.+
32 Le tla fa moprista leoto le letona e le karolo e halalelang e tsoang mahlabelong a lona a kopanetsoeng.+ 33 Mora oa Arone ea hlahisang mali a mahlabelo a kopanetsoeng le mafura, o tla nka leoto le letona e le kabelo ea hae.+ 34 Mahlabelong a kopanetsoeng a Baiseraele, ke nka sefuba sa nyehelo e tsokoang le leoto la karolo e halalelang ’me ke li fa moprista Arone le bara ba hae. Ke molao o tla lula o le teng bakeng sa Baiseraele.+
35 Ena e ne e le karolo e tsoang linyehelong tsa Jehova tse chesoang ka mollo e lokelang ho behelloa ka thoko bakeng sa baprista, e leng Arone le bara ba hae, letsatsing leo ka lona ba hlahisoang ho sebeletsa Jehova e le baprista.+ 36 Jehova o laetse Baiseraele hore ba bafe karolo ena letsatsing leo ba tlotsoang ka lona.+ Ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa meloko ea bona.’”
37 Ona ke molao oa nyehelo ea secheso,+ nyehelo ea lijo,+ nyehelo ea sebe,+ nyehelo ea molato,+ sehlabelo sa tlhomamiso+ le sehlabelo se kopanetsoeng+ 38 feela joalokaha Jehova a laetse Moshe Thabeng ea Sinai,+ letsatsing leo a laetseng Baiseraele hore ba hlahise linyehelo tsa bona ho Jehova lefeelleng la Sinai.+
8 Jehova a re ho Moshe: 2 “Tsamaea le Arone le bara ba hae,+ u nke liaparo,+ oli e halalelang,*+ poho ea nyehelo ea sebe, liramo tse peli le baskete ea mahobe a se nang tomoso+ 3 ’me u bitse sechaba sohle hore se bokane monyako oa tente ea pokano.”
4 Moshe a etsa feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse ’me sechaba sa bokana monyako oa tente ea pokano. 5 Moshe a re ho sechaba: “Ena ke ntho eo Jehova a re laetseng eona.” 6 Moshe a atametsa Arone le bara ba hae ’me a ba hlatsoa ka metsi.+ 7 Ka mor’a moo, a apesa Arone seaparo se selelele+ eaba o mo tlama ka lebanta.+ A mo apesa le seaparo se se nang matsoho+ eaba o mo apesa efoda*+ ’me o e tlama ka lebanta le lohiloeng+ la efoda, a le tlamella ho eena ka thata. 8 A mo apesa mokotlana oa sefuba+ ’me a kenya Urime le Thumime+ ka har’a oona. 9 A mo roesa tuku+ ’me karolong e ka pele ea tuku a beha lesenke le benyang la khauta e le pontšo e halalelang ea boinehelo*+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
10 Moshe a nka oli e halalelang, a tlotsa tabernakele le lintho tsohle tse ka ho eona+ ’me a li halaletsa. 11 A fafatsa e ’ngoe ea eona ka makhetlo a supileng aletareng eaba o tlotsa aletare le lisebelisoa tsohle tsa eona, beisine le seluloana sa eona e le hore a li halaletse. 12 Qetellong a tšela Arone hloohong ka e ’ngoe ea oli e halalelang eaba oa mo tlotsa e le hore a mo halaletse.+
13 Moshe a atametsa bara ba Arone, a ba apesa liaparo tse telele tsa ka holimo ’me a ba tlama ka mabanta eaba o ba roesa* masela a roaloang hloohong+ feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.
14 A tlisa poho ea nyehelo ea sebe ’me Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ea poho eo.+ 15 Moshe a e hlaba ’me a khoatha mali+ ka monoana eaba o a tlotsa manakeng a aletare mahlakoreng ’ohle, a hloekisa aletare sebeng. Mali a mang kaofela a a tšela karolong e ka tlase ea aletare, e le hore a e halaletse hore ho tle ho etsoe sehlabelo sa ho tšoareloa libe holim’a eona. 16 Moshe a nka mafura ’ohle a holim’a mala, karolo e mafura ea sebete, liphio tse peli le mafura a tsona eaba o etsa hore li kubelle aletareng.+ 17 A nka poho eohle e setseng, letlalo la eona, nama ea eona le bolokoe ba eona ’me a li chesetsa ka ntle ho liahelo+ feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.
18 A atametsa ramo ea nyehelo ea secheso ’me Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ea eona.+ 19 Moshe a e hlaba ’me a fafatsa mali mahlakoreng ’ohle a aletare. 20 A khabela ramo likotoana ’me a etsa hore hlooho, likotoana le mafura a potolohileng liphio* li kubelle. 21 Moshe a hlatsoa mala le litlhakoana ka metsi ’me a etsa hore ramo kaofela e kubelle aletareng. E ne e le nyehelo ea secheso e monko o monate.* E ne e le nyehelo e chesetsoang Jehova feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.
22 A tlisa ramo ea bobeli e leng ea tlhomamiso+ ’me Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ea eona.+ 23 Moshe a e hlaba eaba o nka mali a mang a eona ’me o a tlotsa ntlheng ea tsebe e tona ea Arone le monoaneng o motona oa letsoho la hae le letona le monoaneng o motona oa leoto la hae le letona. 24 Ka mor’a moo, Moshe a atametsa bara ba Arone eaba o ba tlotsa ka mali lintlheng tsa litsebe tsa bona tse tona le menoaneng e metona ea matsoho a bona a matona le menoaneng e metona ea maoto a bona a matona. A fafatsa mali a mang kaofela mahlakoreng ’ohle a aletare.+
25 A nka mafura, mohatla o mafura, mafura ’ohle a holim’a mala, karolo e mafura ea sebete, liphio tse peli le mafura a tsona le leoto le letona.+ 26 Ka har’a baskete ea bohobe bo se nang tomoso bo neng bo le ka pel’a Jehova, a ntša bohobe bo le bong bo selikalikoe bo lesoba hare bo se nang tomoso,+ bohobe bo le bong bo selikalikoe bo lesoba hare bo nang le oli+ le sephaphatha se le seng. A li beha holim’a likarolo tse mafura le holim’a leoto le letona. 27 Ka mor’a moo, kaofela ha tsona a li beha holim’a liatla tsa Arone le liatla tsa bara ba hae eaba o li tsokela koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova. 28 Moshe a li nka matsohong a bona eaba o etsa hore li kubelle aletareng holim’a nyehelo ea secheso. E ne e le sehlabelo sa tlhomamiso se monko o monate.* E ne e le nyehelo e chesetsoang Jehova.
29 Moshe a nka sefuba ’me a se tsokela koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ E ile ea e-ba kabelo ea Moshe e tsoang ramong ea tlhomamiso feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.+
30 Moshe a nka e ’ngoe ea oli e halalelang+ le a mang a mali a holim’a aletare eaba o fafatsa Arone le liaparo tsa hae ka tsona. A boela a fafatsa bara ba hae le liaparo tsa bona. Ka lebaka leo, a halaletsa Arone le liaparo tsa hae le bara ba hae+ le liaparo tsa bona.+
31 Moshe a re ho Arone le bara ba hae: “Phehang+ nama monyako oa tente ea pokano. Le e jelle moo le bohobe bo ka basketeng ea tlhomamiso feela joalokaha ke filoe taelo e reng, ‘Arone le bara ba hae ba e je.’+ 32 Nama le bohobe tse setseng le li chese ka mollo.+ 33 Le se ke la tloha monyako oa tente ea pokano ka matsatsi a supileng, ho fihlela matsatsi a tlhomamiso ea lona a felile hobane ho tla nka matsatsi a supileng ho le beha hore le be baprista.*+ 34 Jehova o laetse hore re etse seo re se entseng kajeno e le ho le etsetsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe.+ 35 Le lule monyako oa tente ea pokano bosiu le motšehare ka matsatsi a supileng+ ’me le etse seo Jehova a le laetseng sona+ e le hore le se ke la shoa hobane ke laetsoe joalo.”
36 Arone le bara ba hae ba etsa lintho tsohle tseo Jehova a neng a li laetse Moshe.
9 Ka letsatsi la borobeli,+ Moshe a bitsa Arone le bara ba hae le baholo ba Iseraele. 2 A re ho Arone: “Inkele namane e nyenyane ea nyehelo ea sebe+ le ramo ea nyehelo ea secheso, ebe tse phetseng hantle ’me u li hlahise ka pel’a Jehova. 3 Empa u re ho Baiseraele, ‘Nkang phooko* ea nyehelo ea sebe ’me bakeng sa nyehelo ea secheso le nke namane le ramo e nyenyane. Ka bobeli e be tse nang le selemo, tse phetseng hantle. 4 Le nke le poho le ramo bakeng sa mahlabelo a kopanetsoeng+ hore ho etsoe sehlabelo ka tsona ka pel’a Jehova le nyehelo ea lijo*+ e kopantsoeng le oli hobane kajeno Jehova o tla bonahala ho lona.’”+
5 Ba tlisa tsohle tseo Moshe a laetseng hore ba li tlise ka pel’a tente ea pokano. Sechaba sohle sa atamela ’me sa ema ka pel’a Jehova. 6 Moshe a re: “Jehova o laetse hore le etse sena e le hore khanya ea Jehova e ka bonahala ho lona.”+ 7 Moshe a re ho Arone: “Atamela aletareng u hlahise nyehelo ea hao ea sebe+ le ea secheso ’me u etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa hao+ le ba lelapa la hao. U hlahise nyehelo ea sechaba+ u be u se etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe+ feela joalokaha Jehova a laetse.”
8 Kapele-pele Arone a atamela aletareng eaba o itlhabela namane ea nyehelo ea sebe.+ 9 Bara ba Arone ba tlisa mali+ ho eena eaba o a qopetsa ka monoana ’me o a tlotsa manakeng a aletare. A tšela mali a mang kaofela karolong e ka tlase ea aletare.+ 10 A etsa nyehelo ea sebe ka ho chesa mafura, liphio le mafura a sebeteng aletareng feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+ 11 A chesetsa nama le letlalo la namane eo ka ntle ho liahelo.+
12 Arone a hlaba phoofolo ea nyehelo ea secheso eaba bara ba hae ba mo fa mali a eona ’me a a fafatsa mahlakoreng ’ohle a aletare.+ 13 Ba mo fa nama ea nyehelo eo le hlooho ea eona ’me a li chesetsa aletareng hore li kubelle. 14 A hlatsoa mala le litlhakoana ’me a li chesetsa aletareng le nyehelo ea secheso e le hore li kubelle.
15 A hlahisa nyehelo ea sechaba eaba o nka poli ea nyehelo ea sebe bakeng sa sechaba, a e hlaba ’me a etsa nyehelo ea sebe ka eona joalokaha a entse ka nyehelo ea pele. 16 A boela a hlahisa nyehelo ea secheso ’me a e etsa ho ea ka mokhoa o tloaelehileng.+
17 A hlahisa nyehelo ea lijo,+ a tlatsa e ’ngoe ea eona letsohong la hae ’me a e chesa e le hore e kubelle aletareng, ho ekelletsa nyehelong ea secheso ea hoseng.+
18 A hlaba poho le ramo ea sehlabelo se kopanetsoeng seo e neng e le sa sechaba. Bara ba Arone ba mo fa mali a tsona ’me a a fafatsa mahlakoreng ’ohle a aletare.+ 19 Ha e le likarolo tse mafura tsa poho,+ mohatla o mafura oa ramo, mafura a koahetseng mala, liphio le mafura a sebeteng,+ 20 ba li beha holim’a lifuba tsa poho le ramo eaba Arone o li chesa aletareng e le hore li kubelle.+ 21 Empa lifuba le leoto le letona Arone a li tsokela koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova feela joalokaha Moshe a ne a laetse.+
22 Arone a phahamisetsa matsoho ho sechaba a se hlohonolofatsa+ eaba o theoha aletareng ka mor’a ho etsa nyehelo ea sebe, nyehelo ea secheso le mahlabelo a kopanetsoeng. 23 Qetellong Moshe le Arone ba kena ka tenteng ea pokano eaba baa tsoa ’me ba hlohonolofatsa sechaba.+
Sechaba sohle sa bona khanya ea Jehova.+ 24 Ha sechaba sohle se bona mollo o tsoang ho Jehova+ o chesa nyehelo ea secheso le mafura a aletareng, sa hoeletsa ’me sa khumama.*+
10 Bara ba Arone e leng Nadabe le Abihu+ ba nka lipane tsa bona tsa mollo eaba ba tšela mashala a hlenneng ka har’a tsona ’me ba beha libano+ holim’a ’ona. Ba etsetsa Jehova nyehelo ea mollo e seng molaong.+ 2 Mollo o tsoang ho Jehova oa ba chesa+ eaba ba shoella ka pel’a Jehova.+ 3 Moshe a re ho Arone: “Jehova o itse o tla halaletsoa har’a batho ba haufi le eena+ ’me a tlotlisoe ka pel’a sechaba sohle.” Arone a thola.
4 Moshe a bitsa Mishaele le Elzafane, bara ba Uziele+ e leng rangoane oa Arone ’me a re ho bona: “Tlosang bana ba bo lona ka pel’a sebaka se halalelang le ba ise ka ntle ho litente.” 5 Ba tla eaba ba tlosa banna bao ba shoeleng ba ntse ba apere liaparo tsa bona, ba ba isa ka ntle ho litente feela joalokaha Moshe a ne a ba boleletse.
6 Moshe a re ho Arone le ho bara ba bang ba hae e leng Eleazare le Ithamare: “Le se ke la tlohela moriri oa lona o sa kangoa ebile o se makhethe kapa la tabola liaparo tsa lona+ e le hore le se ke la shoa le hore Molimo a se ke a halefela sechaba sohle. Bana ba bo lona ba ntlo eohle ea Iseraele ba tla llela bao Jehova a ba bolaileng ka mollo. 7 Le se ke la tloha monyako oa tente ea pokano, ho seng joalo le tla shoa kaha oli e halalelang* ea Jehova e holim’a lona.”+ Ba etsa ho ea kamoo Moshe a neng a ba boleletse.
8 Jehova a re ho Arone: 9 “Uena le bara ba hao le se ke la noa veine kapa lino tse ling tse tahang ha le kena ka tenteng ea pokano+ e le hore le se ke la shoa. Ke taelo e tla lula e le teng melokong ea lona. 10 Le etse sena e le hore le khetholle pakeng tsa ntho e halalelang le e silafetseng, pakeng tsa ntho e sa hloekang le e hloekileng+ 11 le ho ruta Baiseraele melao eohle eo Jehova a ba boleletseng eona a sebelisa Moshe.”+
12 Moshe a bua le Arone le Eleazare le Ithamare e leng bara ba Arone ba neng ba setse a re: “Nkang lijo tse setseng nyehelong ea lijo* linyehelong tse chesetsoang Jehova ’me le li je e le bohobe bo se nang tomoso haufi le aletare+ hobane ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+ 13 Le li jelle sebakeng se halalelang+ hobane ke kabelo ea lona le ea bara ba lona linyehelong tse chesetsoang Jehova kaha sena ke seo ke se laetsoeng. 14 Lona le bara le barali ba lona+ le je sefuba sa nyehelo e tsokoang le leoto la karolo e halalelang+ sebakeng se hloekileng hobane lintho tsena li fanoe e le kabelo ea lona le ea bara ba lona mahlabelong a kopanetsoeng a Baiseraele. 15 Ba tlise leoto la karolo e halalelang, sefuba sa nyehelo e tsokoang le linyehelo tsa mafura tse chesoang ka mollo e le hore ba li tsokele koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova. E be kabelo ea ka ho sa feleng bakeng sa lona le bara ba lona+ feela joalokaha Jehova a laetse.”
16 Moshe a batlana le poli ea nyehelo ea sebe+ ’me a fumana hore e chesitsoe. A halefela Eleazare le Ithamare e leng bara ba Arone ba setseng a re: 17 “Ke hobane’ng ha le sa ja nyehelo ea sebe sebakeng se halalelang+ kaha ke ntho e halalelang ka ho fetisisa ebile le e filoe e le hore le ka ikarabella bakeng sa phoso ea sechaba le hore le etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe tsa sona ka pel’a Jehova? 18 Ha ho na motho ea tlisitseng mali a eona ka har’a sebaka se halalelang.+ Le ka be le e jelletse sebakeng se halalelang feela joalokaha ke ne ke laetsoe.” 19 Arone a re ho Moshe: “Kajeno sechaba se hlahisitse nyehelo ea sona ea sebe le nyehelo ea sona ea secheso ka pel’a Jehova.+ Empa ka mor’a lintho tsee tse nketsahalletseng, na Jehova o ne a tla thaba haeba ke ne ke jele nyehelo ea sebe kajeno?” 20 Moshe a khotsofala ha a utloa seo.
11 Jehova a re ho Moshe le Arone: 2 “E-reng ho Baiseraele, ‘Tsena ke libopuoa tse phelang tsa lefatše* tseo le ka li jang:+ 3 Le ka ja phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e nang le tlhako e arohaneng ka ho feletseng ebile e thuisa.
4 Empa le se ke la ja liphoofolo tse thuisang kapa tse nang le tlhako e arohaneng e leng kamele hobane ea thuisa empa ha e na tlhako e arohaneng. Ha ea hloeka.+ 5 Le se ke la ja le pel’a+ hobane ea thuisa empa ha e na tlhako e arohaneng. Ha ea hloeka. 6 ’Mutla hobane oa thuisa empa ha o na tlhako e arohaneng. Ha oa hloeka. 7 Kolobe+ hobane e na le tlhako e arohaneng ka ho feletseng empa ha e thuise. Ha ea hloeka. 8 Le se ke la ja nama leha e le efe ea tsona kapa la tšoara litopo tsa tsona. Ha lia hloeka.+
9 Sena ke seo le ka se jang har’a libopuoa tsohle tsa metsing: Ntho leha e le efe e ka metsing e nang le mapheoana le makhakhapha ebang e maoatleng kapa linokeng.+ 10 Empa ntho leha e le efe e maoatleng le e linokeng e se nang mapheoana le makhakhapha ho libopuoa tsohle tse nyenyane tse tsamaeang e le sehlopha le sebopuoa se seng le se seng se phelang ka metsing, ke ntho e nyonyehang ho lona. 11 Le se ke la li ja.+ Le li nyonye le be le nyonye le litopo tsa tsona. 12 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka metsing e se nang mapheoana le makhakhapha ke ntho e nyonyehang ho lona.
13 Tsena ke libopuoa tse fofang tseo le lokelang ho li nyonya, ha lia lokela ho jeoa kaha lia nyonyeha: ntsu,+ phakoe e jang litlhapi, lenong le letšo,+ 14 ’mankholi o mofubelu le mefuta eohle ea ’mankholi o motšo, 15 mefuta eohle ea lekhoaba, 16 mpshe, sephooko, nonyana ea metsing, mefuta eohle ea phakoe, 17 sephooko se senyenyane, seinoli, sephooko se litsebe li telele, 18 khantši, letata le jang litlhapi, lenong, 19 mokotatsie, mefuta eohle ea kokolofitoe, popopo le ’mankhane. 20 Likokoanyana tsohle tse nang le mapheo tse tsamaeang e le sehlopha ’me li tsamaea ka maoto ’ohle a tsona a mane, ke ntho e nyonyehang ho lona.
21 Har’a likokoanyana tsohle tse nang le mapheo tse tsamaeang e le sehlopha ’me li tsamaea ka maoto a mane, le ka ja feela tse nang le maoto ao li qhomang ka ’ona.* 22 Ho tsona le ka ja tse latelang: mefuta e fapaneng ea litsie tse sa luleng sebakeng se le seng, mefuta ea litsie tse ling tse jeoang,+ ea matjeketjane* le ea marutle. 23 Libopuoa tse ling tsohle tse nang le mapheo tse nyenyane tse tsamaeang e le sehlopha tse nang le maoto a mane, ke ntho e nyonyehang ho lona. 24 Li tla le silafatsa. E mong le e mong ea thetsang litopo tsa tsona o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+ 25 Mang kapa mang ea nkang litopo tsa tsona a hlatsoe liaparo tsa hae+ ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.
26 Phoofolo leha e le efe e nang le tlhako e arohaneng empa e se ka ho feletseng ebile e sa thuise, ha ea hloeka. E mong le e mong ea e thetsang o tla lula a sa hloeka.+ 27 Libopuoa tsohle tse tsamaeang ka maro* har’a libopuoa tse tsamaeang ka maoto ’ohle a mane ha lia hloeka. E mong le e mong ea thetsang litopo tsa tsona o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 28 Motho ea nkang litopo tsa tsona a hlatsoe liaparo tsa hae+ ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+ Ha lia hloeka.
29 Tsena ke libopuoa tse nyenyane tse sa hloekang ho lona: Khoiti, toeba,+ mofuta o mong le o mong oa mokholutsoane, 30 checheiki, mokholutsoane o moholo, polo-metsi, sefelekoane le lempetje. 31 Libopuoa tsena ha lia hloeka.+ E mong le e mong ea li thetsang ha li shoele o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+
32 Ntho leha e le efe eo li oelang holim’a eona ha li shoa e tla lula e sa hloeka ebang ke sesebelisoa sa lepolanka, seaparo, letlalo la phoofolo kapa lesela le hoashang.* Sesebelisoa leha e le sefe se sebelisoang se lokela ho kenngoa ka metsing ’me e tla ba se sa hloekang ho fihlela mantsiboea. Ka mor’a moo, se tla be se hloekile. 33 Haeba li oela ka har’a sejana se entsoeng ka letsopa, le se pshatle. Ntho leha e le efe e neng e le ka har’a sona e tla lula e sa hloeka.+ 34 Lijo tsa mefuta eohle tse ka kopanang le metsi a tsoang ka sejaneng seo e tla ba tse sa hloekang ’me seno sefe kapa sefe se ka har’a sejana seo se ke ke sa hloeka. 35 Ntho leha e le efe eo litopo tseo li oelang holim’a eona e tla lula e sa hloeka. E lokela ho pshatloa ebang ke onto kapa setofo se senyenyane. Ha ea hloeka ’me e tla lula e sa hloeka. 36 Ke seliba le sekoti se bolokang metsi feela tse tla lula li hloekile. Empa mang kapa mang ea thetsang litopo tseo o tla lula a sa hloeka. 37 Haeba litopo tseo li oela holim’a peo ea semela e lokelang ho jaloa, peo eo e hloekile. 38 Empa haeba peo e tšetsoe ka metsi ’me karolo e ’ngoe ea litopo tseo e oela holim’a eona, peo eo ha ea hloeka.
39 Haeba phoofolo leha e le efe eo le e jang e shoa, mang kapa mang ea tšoarang setopo sa eona o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+ 40 Motho ea jang nama ea eona a hlatsoe liaparo tsa hae ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+ Motho ea nkang setopo sa phoofolo eo a hlatsoe liaparo tsa hae. O tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 41 Libopuoa tsohle tse sa hloekang tse nyenyane tse tsamaeang e le sehlopha lefatšeng ke ntho e nyonyehang.+ Li se ke tsa jeoa. 42 Ha lea lokela ho ja libopuoa tsohle tse hahabang ka mpa, tse tsamaeang ka maoto ’ohle a mane kapa libopuoa tse nyenyane tse nang le maoto a mangata tse tsamaeang e le sehlopha hobane ke ntho e nyonyehang.+ 43 Le se ke la iketsa ba nyonyehang ka lebaka la libopuoa leha e le life tse nyenyane tse tsamaeang e le sehlopha ’me le se ke la itšilafatsa eaba le ba ba sa hloekang ka lebaka la tsona.+ 44 Ke ’na Jehova Molimo oa lona.+ Kahoo, le lule le hloekile ’me le halalele+ hobane kea halalela.+ Le se ke la itšilafatsa ka libopuoa leha e le life tse nyenyane tse tsamaeang e le sehlopha. 45 Ke ’na Jehova, ea le etellang pele ho tsoa Egepeta hore ke be Molimo ho lona,+ le halalele+ hobane kea halalela.+
46 Ona ke molao o mabapi le liphoofolo, libopuoa tse fofang, libopuoa tsohle tse tsamaeang ka metsing le libopuoa tsohle tse nyenyane tse tsamaeang e le sehlopha 47 e le hore le tsebe ho khetholla pakeng tsa tse sa hloekang le tse hloekileng le pakeng tsa libopuoa tse phelang tse ka jeoang le tse ke keng tsa jeoa.’”+
12 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bolella Baiseraele hore haeba mosali a ima* ’me a ba le ngoana oa moshanyana, o tla lula a sa hloeka ka matsatsi a supileng feela joalokaha a sa hloeka ha a le matsatsing.+ 3 Ka letsatsi la borobeli ngoana eo a bolotsoe.+ 4 Mosali eo a qete matsatsi a 33 a itlhoekisa. A se ke a tšoara ntho leha e le efe e halalelang ’me a se ke a kena sebakeng se halalelang ho fihlela a qeta ho itlhoekisa.
5 Haeba a e-ba le ngoana oa ngoanana o tla lula a sa hloeka ka matsatsi a 14 feela joalokaha a sa hloeka ha a le matsatsing. A qete matsatsi a 66 a itlhoekisa. 6 Ha matsatsi a hae a ho itlhoekisa a fela ka mor’a hore a be le mora kapa morali, a nke ramo e nyenyane e nang le selemo, a e tlise ho moprista monyako oa tente ea pokano hore ho etsoe nyehelo ea secheso.+ A tlise le leeba kapa leebana-khoroana hore ho etsoe nyehelo ea sebe ka lona. 7 Moprista a e tlise ka pel’a Jehova ’me a etsetse mosali eo sehlabelo sa ho tšoareloa libe, o tla hloeka phallong ea hae ea mali. Ona ke molao bakeng sa mosali ea bang le ngoana oa moshanyana kapa oa ngoanana. 8 Empa haeba a ke ke a khona ho fana ka nku, a nke maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli,+ le leng bakeng sa nyehelo ea secheso le le leng bakeng sa nyehelo ea sebe. Moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe ’me o tla hloeka.”
13 Jehova a re ho Moshe le Arone: 2 “Haeba motho a ruruha, a hlaha khoo* kapa setlapeli ’me li fetoha lefu la lepera*+ letlalong la hae, a tlisoe ho moprista Arone kapa ho e mong oa bara ba hae e leng baprista.+ 3 Moprista a hlahlobe leqeba le letlalong la hae. Ha mohoete o leqebeng o le mosoeu ’me leqeba le keneletse letlalong, ke lefu la lepera. A le hlahlobe ’me a bolele hore ha a hloeka. 4 Empa haeba setlapeli se letlalong la hae se le sesoeu ebile se sa kenella letlalong ’me mohoete o se mosoeu, moprista o tla behella motho eo ka thoko ka matsatsi a supileng.+ 5 Moprista a mo hlahlobe ka letsatsi la bosupa. Haeba ho bonahala hore leqeba le folile ’me ha lea namela letlalong, a mo behelle ka thoko ka matsatsi a mang a supileng.
6 Moprista a mo hlahlobe hape ka letsatsi la bosupa, haeba leqeba le ntse le fola ebile le sa namela letlalong, a bolele hore o hloekile,+ e ne e le khoo feela. Motho eo a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a hloeke. 7 Empa haeba ntle ho pelaelo khoo e nametse letlalong ka mor’a hore moprista a tiise hore o hloekile, a hlahe hape* ka pel’a hae. 8 Moprista a e hlahlobe. Haeba khoo e nametse letlalong, a bolele hore ha a hloeka. Ke lepera.+
9 Haeba lefu la lepera le hlaha ho motho, a tlisoe ho moprista 10 ’me a mo hlahlobe.+ Haeba ho e-na le ho ruruha ho hosoeu letlalong ’me ho entse hore mohoete o be mosoeu ebile ho e-na le seso+ moo ho ruruhileng, 11 ke lepera le sa foleng letlalong la hae ’me moprista o tla bolela hore ha a hloeka. A se ke a mo behella ka thoko+ hobane ha a hloeka. 12 Haeba lepera le hlaha motho ’mele oohle ho tloha hloohong ho ea maotong, hoo moprista a khonang ho le bona 13 ’me moprista a mo hlahlobile, a bone hore lepera le tletse ’mele oohle, a bolele hore motho eo o hloekile.* Kaofela ha lona le se le le lesoeu ’me o hloekile. 14 Empa neng kapa neng ha seso se hlaha letlalong, o tla lula a sa hloeka. 15 Ha moprista a bona seso, a bolele hore ha a hloeka.+ Seso seo ha sea hloeka. Ke lepera.+ 16 Empa haeba seso se e-ba sesoeu hape, a ee ho moprista. 17 Moprista a mo hlahlobe+ ’me haeba leqeba le le lesoeu, a bolele hore motho eo o hloekile.
18 Haeba motho a tsoa lethopa ’meleng ’me le fola, 19 moo ho neng ho tsoile lethopa teng, ho hlahile ho ruruha ho hosoeu kapa setlapeli se bofubelu bo bosoeu, a ee ho moprista. 20 Moprista a hlahlobe setlapeli seo.+ Haeba se bonahala se keneletse letlalong ’me mohoete oa sona o le mosoeu, a bolele hore motho eo ha a hloeka. Ke lefu la lepera le tsoileng lethopeng. 21 Empa haeba moprista a se hlahloba ’me a bona hore ha ho na mohoete o mosoeu ho sona le hore ha sea kenella letlalong ebile sea fola, a mo behelle ka thoko ka matsatsi a supileng.+ 22 Haeba se nametse letlalong, moprista a bolele hore ha a hloeka. O na le lepera. 23 Haeba setlapeli se sa nama, ke ho ruruha ha lethopa feela. Moprista a bolele hore o hloekile.+
24 Kapa haeba motho a e-na le lebali la ho cha ’me nama e ka hare ea lebali e e-ba setlapeli se bofubelu bo bosoeu kapa setlapeli se sesoeu, 25 moprista a mo hlahlobe. Haeba mohoete o setlapeling o se o le mosoeu ’me se bonahala se kenelletse letlalong, ke lepera le tsoileng lebaling, moprista a bolele hore ha a hloeka. Ke lefu la lepera. 26 Empa haeba moprista a mo hlahloba ’me a bona hore ha ho na mohoete o mosoeu setlapeling ebile ha sea kenella letlalong ’me sea fola, moprista a mo behelle ka thoko ka matsatsi a supileng.+ 27 Moprista a mo hlahlobe ka letsatsi la bosupa. Haeba se nametse letlalong, moprista a bolele hore ha a hloeka. Ke lefu la lepera. 28 Haeba setlapeli se sa namela letlalong ebile se fola, ke ho ruruha ha lebali feela. Moprista a bolele hore o hloekile hobane ke ho ruruha ha lebali.
29 Ha monna kapa mosali a tsoa leqeba hloohong kapa selelung, 30 moprista a hlahlobe leqeba leo.+ Haeba le bonahala le keneletse letlalong ’me moriri o le mosehla ebile o fefoha, moprista a bolele hore motho eo ha a hloeka, ke leqeba le letlalong la hlooho kapa le litelung. Ke lepera la hlooho kapa la selelu. 31 Empa haeba moprista a bona hore leqeba ha lea kenella letlalong ’me ha ho na moriri o motšo ho lona, a behelle motho ea nang le leqeba ka thoko ka matsatsi a supileng.+ 32 Moprista a hlahlobe leqeba leo ka letsatsi la bosupa. Haeba le sa nama ’me ho sa hlaha moriri o mosehla ho lona ebile le bonahala le sa kenella letlalong, 33 motho eo a kute empa a se ke a kuta moo a tsoileng leqeba. Moprista a mo behelle ka thoko ka matsatsi a supileng.
34 Moprista a hlahlobe leqeba hape ka letsatsi la bosupa. Haeba leqeba le hloohong le le selelung le sa namela letlalong ’me le sa kenella letlalong, moprista a bolele hore o hloekile. Motho eo a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a hloeke. 35 Empa haeba leqeba le namela letlalong ka mor’a hore a hloekisoe, 36 moprista a mo hlahlobe. Haeba leqeba le nametse letlalong, ha ho hlokahale hore moprista a shebe hore na o na le moriri o mosehla, motho eo ha a hloeka. 37 Empa haeba ha a mo hlahloba a bona hore leqeba ha lea nama le hore moriri o motšo o hlahile holim’a lona, leqeba leo le folile. O hloekile ’me moprista o tla bolela hore o hloekile.+
38 Haeba monna kapa mosali a tsoa litlapeli letlalong* ’me litlapeli tseo li le tšoeu, 39 moprista a li hlahlobe.+ Haeba bosoeu ba litlapeli tseo bo se bo fela, ke makhopho a masesaane a seng kotsi. Motho eo o hloekile.
40 Haeba moriri oa monna o hloohong o fela ’me a hlaha lefatla, o hloekile. 41 Haeba moriri o ka pele hloohong ea hae o fela ’me a hlaha lefatla moo, o hloekile. 42 Empa haeba a tsoa seso se bofubelu bo bosoeu lefatleng kapa phatleng, ke lepera le hlahang hloohong ea hae kapa phatleng ea hae. 43 Moprista a mo hlahlobe ’me haeba ho ruruha ho leqebeng ho le bofubelu bo bosoeu lefatleng kapa phatleng ’me ho bonahala eka ke lepera, 44 ke molepera. Ha a hloeka, moprista a bolele hore ha a hloeka ka lebaka la lefu le hloohong. 45 Ha e le molepera ea nang le lefu leo, liaparo tsa hae li taboloe ’me moriri oa hae o tloheloe o sa kangoa ebile o se makhethe. Hape a koahele litelu tsa hae tse holim’a molomo ’me a hoeletse a re, ‘Ha kea hloeka, ha kea hloeka!’ 46 Nakong eohle eo a nang le lefu lena, o tla lula a sa hloeka. Kaha ha a hloeka, a lule a ikarotse ho batho ba bang. A lule ka ntle ho liahelo.+
47 Haeba lefu la lepera le silafatsa seaparo ebang ke seaparo sa boea kapa sa line 48 ebang ke likhoeleng tse lohiloeng tsa line kapa tsa boea kapa letlalong kapa nthong leha e le efe e entsoeng ka letlalo 49 ’me bosehla bo botala kapa letheba le lefubelunyana la leqeba le silafatsa seaparo, letlalo, likhoele tse lohiloeng kapa ntho leha e le efe ea letlalo, ke ntho e silafalitsoeng ke lepera ’me e bontšoe moprista. 50 Moprista a hlahlobe lefu leo ’me a behelle ntho e nang le lefu leo ka thoko ka matsatsi a supileng.+ 51 Ha a hlahloba lefu leo letsatsing la bosupa ’me a bona hore le nametse seaparong, likhoeleng tse lohiloeng kapa letlalong (ho sa tsotellehe hore na letlalo leo le sebelisetsoa’ng), lefu leo ke lepera le tšoaetsanoang ’me ntho eo ha ea hloeka.+ 52 A chese seaparo kapa likhoele tse lohiloeng tsa boea kapa line kapa ntho leha e le efe ea letlalo eo lefu leo le hlahileng ho eona hobane ke lepera le tšoaetsanoang. Ntho eo e chesoe.
53 Empa haeba moprista a e hlahloba ’me lefu leo le sa namela seaparong kapa likhoeleng tse lohiloeng kapa nthong leha e le efe ea letlalo, 54 moprista a laele hore ba hlatsoe ntho eo e silafetseng ’me a e behelle ka thoko ka matsatsi a mang a supileng. 55 Ka mor’a hore e hlatsuoe hantle, moprista a e hlahlobe. Haeba ho ntse ho bonahala hore e silafetse le lefu leo le sa nama, ha ea hloeka. E chesoe hobane e tabohile ebang ke ka ntle kapa ka hare.
56 Haeba moprista a se a e hlahlobile ’me karolo e silafetseng e se e sa bonahale ka mor’a hore e hlatsuoe hantle, a tabole karolo eo ea seaparo, ea letlalo kapa ea likhoele tse lohiloeng e silafetseng. 57 Leha ho le joalo, ha ho e-na le karolo e ’ngoe e silafetseng seaparong, likhoeleng tse lohiloeng kapa nthong leha e le efe ea letlalo, lefu leo lea nama ’me lintho tsena tse silafetseng li chesoe.+ 58 Haeba ho silafala ho nyamela seaparong, likhoeleng tse lohiloeng kapa nthong leha e le efe ea letlalo e hlatsuoang, e hlatsuoe ka lekhetlo la bobeli ’me e tla hloeka.
59 Ona ke molao oa lefu la lepera seaparong sa boea, sa line, likhoeleng tse lohiloeng kapa nthong leha e le efe ea letlalo bakeng sa ho phatlalatsa hore e hloekile kapa ha ea hloeka.”
14 Jehova a re ho Moshe: 2 “Ona e tla ba molao oa molepera ho tloha letsatsing leo a qalang ho hloekisoa ka lona ha a tlisoa ho moprista.+ 3 Moprista a ee ka ntle ho liahelo ’me a mo hlahlobe. Haeba molepera a folile, 4 moprista a mo laele hore a tlise linonyana tse peli tse hloekileng tse phelang, patsi ea kedare, lesela le lefubelu* le hisopa bakeng sa hore a hloekisoe.+ 5 Moprista a laele hore nonyana e ’ngoe e bolaeloe ka har’a sejana sa letsopa se tšetseng metsi a sa tsoa khuoa. 6 A nke nonyana e phelang, patsi ea kedare, lesela le lefubelu* le hisopa a li kenye ka har’a mali a nonyana e ileng ea bolaeloa ka metsing a sa tsoa khuoa. 7 A fafatse mali ka makhetlo a supileng ho motho ea itlhoekisang lepera ’me a bolele hore o hloekile ebe o lokolla nonyana e phelang.+
8 Motho ea itlhoekisang a hlatsoe liaparo tsa hae, a kute moriri oohle, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla hloeka. Ka mor’a moo, a ka kena liahelong empa a lule ka ntle ho tente ea hae ka matsatsi a supileng. 9 Letsatsing la bosupa, a kute moriri oohle o hloohong, litelu le lintši tsa hae. Ka mor’a hore a kute moriri oohle o ’meleng, a hlatsoe liaparo tsa hae le ho itlhatsoa ka metsi ’me o tla hloeka.
10 Letsatsing la borobeli, a nke liramo tse peli tse nyenyane tse phetseng hantle, konyana e le ’ngoe e phetseng hantle e tšehali,+ e selemong sa eona sa pele, phofo e sitsoeng hantle ea lik’hilokramo tse ka bang tharo le halofo* e kopantsoeng le oli hammoho le kopi e le ’ngoe* ea oli+ e le nyehelo ea lijo.*+ 11 Moprista ea bolelang hore motho eo o hloekile, a mo hlahise le linyehelo tsa hae ka pel’a Jehova monyako oa tente ea pokano. 12 Moprista a nke ramo e le ’ngoe e nyenyane ’me a fane ka eona e le nyehelo ea molato+ le kopi e le ’ngoe* ea oli. A li tsokele koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ 13 A hlabele ramo e nyenyane sebakeng seo ka tloaelo nyehelo ea sebe le nyehelo ea secheso li hlabeloang ho sona+ e leng sebakeng se halalelang hobane joaloka nyehelo ea sebe, nyehelo ea molato le eona ke ea moprista.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+
14 Moprista a nke a mang a mali a nyehelo ea molato a a tlotse ntlheng ea tsebe e tona ea motho ea itlhoekisang le monoaneng o motona oa letsoho la hae le letona le monoaneng o motona oa leoto la hae le letona. 15 Moprista a nke tekanyo e itseng ea kopi* ea oli+ a e tšele seatleng sa hae se setšehali. 16 Moprista a qopetse oli e seatleng sa hae se setšehali ka monoana oa letsoho le letona ’me a fafatse e ’ngoe ea oli eo ka monoana ka makhetlo a supileng ka pel’a Jehova. 17 Moo moprista a tlotsitseng mali a nyehelo ea molato teng, o tla tlotsa e ’ngoe ea oli e setseng ka seatleng sa hae ntlheng ea tsebe e tona ea motho ea itlhoekisang le monoaneng o motona oa letsoho la hae le letona le monoaneng o motona oa leoto le letona. 18 Moprista a tlotse hlooho ea motho ea itlhoekisang ka oli e setseng seatleng sa hae ’me moprista a mo etsetse sehlabelo sa tšoarelo ea libe ka pel’a Jehova.+
19 Moprista a etse nyehelo ea sebe+ ’me a etse sehlabelo sa tšoarelo ea libe bakeng sa motho ea itlhoekisang. Ka mor’a moo, a hlabe nyehelo ea secheso. 20 Moprista a fane ka nyehelo ea secheso le nyehelo ea lijo+ aletareng ’me moprista a etse sehlabelo sa tšoarelo ea libe bakeng sa motho eo+ ’me o tla hloeka.+
21 Leha ho le joalo, haeba e le mofutsana ’me a kolla ntsi hanong, joale a nke ramo e le ’ngoe e nyenyane e le nyehelo ea molato bakeng sa nyehelo e tsokoang e le hore a iketsetse sehlabelo sa tšoarelo ea libe hammoho le k’hilokramo e le ’ngoe* ea phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo, tekanyo ea kopi e le ’ngoe* ea oli 22 le maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli, ho latela kamoo a khonang. Le leng e be la nyehelo ea sebe ’me le leng e be la nyehelo ea secheso.+ 23 Letsatsing la borobeli,+ a li tlise ho moprista hore a hloekisoe monyako oa tente ea pokano ka pel’a Jehova.+
24 Moprista a nke ramo e nyenyane ea nyehelo ea molato+ le kopi e le ’ngoe* ea oli ’me moprista a li tsokele koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ 25 Ka mor’a moo, a hlabe ramo e nyenyane ea nyehelo ea molato, a nke mali a mang a nyehelo ea molato ’me a a tlotse ntlheng ea tsebe e tona ea motho ea itlhoekisang le monoaneng o motona oa letsoho la hae le letona le monoaneng oa hae o motona oa leoto le letona.+ 26 Moprista a tšele oli e ’ngoe seatleng sa hae se setšehali+ 27 ’me a fafatse oli eo e seatleng sa hae se setšehali ka monoana oa letsoho le letona ka makhetlo a supileng ka pel’a Jehova. 28 Moo moprista a tlotsitseng mali a nyehelo ea molato teng, o tla tlotsa oli e ’ngoe e seatleng sa hae ntlheng ea tsebe e tona ea motho ea itlhoekisang le monoaneng o motona oa letsoho la hae le letona le monoaneng o motona oa leoto le letona. 29 Moprista a tlotse oli e setseng seatleng sa hae hloohong ea motho ea itlhoekisang e le hore a mo etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe ka pel’a Jehova.
30 A fane ka le leng la maebana-khoroana kapa le leng la maebana ho latela kamoo a khonang,+ 31 a ka fana ka leo a le khonang e le nyehelo ea sebe ’me le leng e le nyehelo ea secheso+ hammoho le nyehelo ea lijo ’me moprista o tla etsetsa motho ea itlhoekisang ka pel’a Jehova sehlabelo sa ho tšoareloa libe.+
32 Ona ke molao bakeng sa motho ea neng a e-na le lefu la lepera empa a sa khone ho fana ka lintho tse hlokahalang hore a hloekisoe.”
33 Joale Jehova a re ho Moshe le Arone: 34 “Ha le kena naheng ea Kanana+ eo ke le fang eona+ ’me ke silafatsa ntlo ka lefu la lepera naheng ea lona+ 35 joale mong’a ntlo o lokela ho tla ’me a bolelle moprista a re, ‘Ho na le letheba leboteng la ntlo ea ka. Ho bonahala eka ke lefu la lepera.’ 36 Moprista a fane ka litaelo tsa hore ho ntšoe lintho tsohle tse ka tlung pele a ka tla ho tla hlahloba letheba leo e le hore a se ke a bolela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka tlung ha ea hloeka ’me ka mor’a moo, moprista o tla kena ho tla hlahloba ntlo. 37 A hlahlobe sebaka seo letheba le leng ho sona, joale haeba mabota a ntlo a silafalitsoe ke matheba a botala bo bosehla kapa a mafubelunyana ’me a bonahala a keneletse leboteng, 38 joale moprista a ee monyako oa ntlo ’me a fane ka taelo ea hore ho se ke ha e-ba le motho ea kenang ka matsatsi a supileng.+
39 Moprista a khutle ka letsatsi la bosupa ’me a e hlahlobe. Haeba karolo e silafetseng e nametse maboteng a ntlo, 40 joale moprista o tla fana ka litaelo ’me majoe a silafetseng a lokela ho ntšoa ’me a lahleloe ka ntle ho motse sebakeng se sa hloekang. 41 Ka mor’a moo, a tlose letsopa le seretse se ommeng se litsoeng ka hare leboteng ’me li lahleloe ka ntle ho motse sebakeng se sa hloekang. 42 Ba kenye majoe a mang moo ba ntšitseng a mang teng ’me a sebelise seretse se seng ’me ntlo e liloe.
43 Haeba ho silafala ho khutla hape ka mor’a hore majoe a ntšoe le ka mor’a hore karolo e ka hare ea lebota e tlosoe ’me e liloe hape, 44 moprista a kene ka tlung ’me a e hlahlobe. Haeba karolo e silafetseng e nametse ka tlung, ntlo eo e na le lepera le bolaeang.+ Ha ea hloeka. 45 A heletse ntlo eo e leng majoe a eona, mapolanka a eona, letsopa le seretse se ommeng ’me li isoe ka ntle ho motse sebakeng se sa hloekang.+ 46 Empa mang kapa mang ea kenang ka tlung matsatsing ao ho thibetsoeng hore ho kenoe ho eona,+ o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea+ 47 ’me mang kapa mang ea robalang ka tlung eo o lokela ho hlatsoa liaparo tsa hae ’me mang kapa mang ea jellang ka tlung eo o lokela ho hlatsoa liaparo tsa hae.
48 Leha ho le joalo, haeba moprista a kena ’me a bona hore karolo e silafetseng ha ea nama ka mor’a hore ntlo e liloe hape, moprista a bolele hore ntlo eo e hloekile hobane karolo e silafetseng e se e hloekile. 49 E le hore a hloekise ntlo litšileng* tsa eona, o tla nka linonyana tse peli, patsi ea kedare, lesela le lefubelu* le hisopa.+ 50 A bolaele nonyana e ’ngoe ka har’a sejana sa letsopa se tšetseng metsi a sa tsoa khuoa. 51 Ka mor’a moo, a nke patsi ea kedare, hisopa, lesela le lefubelu* le nonyana e phelang ’me a li kenye ka har’a mali a nonyana e ileng ea bolaeloa ka har’a metsi a sa tsoa khuoa ’me a fafatse mali ao ntlong ka makhetlo a supileng.+ 52 A hloekise ntlo litšileng* tsa eona ka mali a nonyana, metsi a sa tsoa khuoa, nonyana e phelang, patsi ea kedare, hisopa le lesela le lefubelu.* 53 A lokolle nonyana e phelang a le ka ntle ho motse ’me a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa ntlo eo ’me e tla hloeka.
54 Ona ke molao mabapi le lefu leha e le lefe la lepera, leqeba le letlalong la hlooho kapa le litelung,+ 55 lepera la seaparo+ kapa la ntlo+ 56 le mabapi le ho ruruha, likhoo* le litlapeli+ 57 e le hore ho bonoe ha ntho e sa hloeka leha e hloekile.+ Ona ke molao mabapi le lepera.”+
15 Jehova a re ho Moshe le Arone: 2 “Buang le Baiseraele le re ho bona, ‘Haeba setho sa botona* sa monna se lutla, ho lutla hoo ho etsa hore a se ke a hloeka.+ 3 Ha aa hloeka ka lebaka la ho lutla ebang ho lutla ho tsoa sethong sa hae sa botona kapa se thibane, o ntse a sa hloeka.
4 Bethe leha e le efe eo monna eo setho sa hae se lutlang a robalang ho eona, e tla lula e sa hloeka le ntho leha e le efe eo a lulang ho eona e tla lula e sa hloeka. 5 Motho ea thetsang bethe ea monna eo a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+ 6 Mang kapa mang ea lulang holim’a ntho eo monna ea lutlang a neng a lutse holim’a eona, a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 7 Mang kapa mang ea thetsang monna ea lutlang a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 8 Haeba monna eo a tšoela motho ea hloekileng ka mathe, motho eo a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 9 Sale leha e le efe eo monna ea lutlang a lulang holim’a eona ha a palame phoofolo, e tla lula e sa hloeka. 10 Motho ea thetsang ntho leha e le efe eo monna eo a neng a lutse holim’a eona o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea ’me motho ea nkang lintho tseo a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 11 Haeba monna eo ea lutlang+ a sa hlapa matsoho ka metsi ’me a thetsa motho e mong, motho eo a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 12 Sejana leha e le sefe sa letsopa seo monna eo ea lutlang a se tšoarang, se pshatloe empa sa lepolanka se hlatsuoe ka metsi.+
13 Haeba ho lutla ho emisa ’me monna eo a hloeka, a bale matsatsi a supileng bakeng sa tlhoekiso ea hae, a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi a sa tsoa khuoa ’me o tla hloeka.+ 14 Letsatsing la borobeli, a nke maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli+ ’me a tle monyako oa tente ea pokano ka pel’a Jehova, a a fe moprista. 15 Moprista a fane ka ’ona e le nyehelo, le leng e le nyehelo ea sebe ’me le leng e le nyehelo ea secheso ’me moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe ka pel’a Jehova mabapi le ho lutla ha hae.
16 Haeba monna a tsoa peo, a hlatsoe ’mele oohle oa hae ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+ 17 Seaparo leha e le sefe le ntho leha e le efe e entsoeng ka letlalo e tšetsoeng ke peo, a e hlatsoe ka metsi ’me e tla lula e sa hloeka ho fihlela mantsiboea.
18 Ha monna a robala le mosali ’me a ntša peo, ba itlhatsoe ka metsi ’me ba tla lula ba sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+
19 Haeba mosali a le matsatsing, o tla lula a sa hloeka ka matsatsi a supileng.+ Mang kapa mang ea mo thetsang o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+ 20 Ntho leha e le efe eo a robalang holim’a eona ha a le matsatsing e tla lula e sa hloeka ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a lulang holim’a eona e tla lula e sa hloeka.+ 21 Mang kapa mang ea thetsang bethe ea mosali eo a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 22 Mang kapa mang ea thetsang ntho leha e le efe eo mosali eo a neng a lutse holim’a eona, a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 23 Haeba mang kapa mang a thetsa bethe kapa ntho leha e le efe eo mosali eo a neng a lutse holim’a eona, o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+ 24 Haeba monna a robala le mosali eo ebe o silafatsoa ke mali a ho ba matsatsing ha mosali eo,+ monna eo o tla lula a sa hloeka ka matsatsi a supileng ’me bethe leha e le efe eo monna eo a robalang ho eona e tla lula e sa hloeka.
25 Ha mosali a le matsatsing ka matsatsi a mangata+ ’me e se nako ea hae e tloaelehileng+ kapa a ea nako e telele ho feta nako e tloaelehileng, o tla lula a sa hloeka nako eohle ea ha a le matsatsing joalokaha a sa hloeka nakong e tloaelehileng ha a le matsatsing. 26 Bethe leha e le efe eo a robalang ho eona ha a le matsatsing e tla lula e sa hloeka joaloka bethe ea hae eo a robalang ho eona ha a le matsatsing+ ’me ntho leha e le efe eo a lulang holim’a eona ha a le matsatsing e tla lula e sa hloeka. 27 Mang kapa mang ea li thetsang o tla lula a sa hloeka ’me a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+
28 Leha ho le joalo, haeba a emisitse ho ea matsatsing, a ipalle matsatsi a supileng ho tloha letsatsing leo a emisitseng ho ea matsatsing ka lona ’me ka mor’a moo o tla hloeka.+ 29 Letsatsing la borobeli, a nke maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli+ ’me a a tlise monyako oa tente ea pokano ho moprista.+ 30 Moprista a etse le leng nyehelo ea sebe ’me le leng e be nyehelo ea secheso, moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe ka pel’a Jehova malebana le ho se hloeke ha hae ha a le matsatsing.+
31 Le thuse Baiseraele e le hore ba hloeke ’me ba se ke ba shoa ka lebaka la ho silafatsa tabernakele ea ka e leng har’a bona.+
32 Ona ke molao mabapi le monna eo setho sa hae sa botona se lutlang, monna ea sa hloekang hobane a tsoa peo,+ 33 mosali ea sa hloekang ka lebaka la ho ba matsatsing,+ monna kapa mosali ea lutlang ’meleng oa hae+ le monna ea robalang le mosali ea sa hloekang.’”
16 Jehova a bua le Moshe ka mor’a lefu la bara ba babeli ba Arone ba shoeleng ka lebaka la ho atamela Jehova ka tsela eo a sa e amoheleng.+ 2 Jehova a re ho Moshe: “Bolella abuti oa hao Arone hore a se ke a tla sebakeng se halalelang+ ka har’a kharetene+ ka pel’a sekoahelo se Arekeng neng kapa neng ha a batla e le hore a se ke a shoa+ hobane ke tla hlaha holim’a sekoahelo+ ka leru.+
3 Ha Arone a tla sebakeng se halalelang, a tle le lintho tse latelang: Pohoana bakeng sa nyehelo ea sebe+ le ramo bakeng sa nyehelo ea secheso.+ 4 A apare seaparo se selelele sa ka holimo se halalelang sa line+ ’me borikhoe bo bokhutšoanyane* ba line+ bo koahele ’mele* oa hae, a itlame ka lebanta la line+ ’me hloohong a ithatele ka tuku ea line.+ Ke liaparo tse halalelang.+ A itlhatsoe ka metsi+ ebe oa li apara.
5 Sechaba sa Baiseraele se mo fe+ lipoli tse peli tse tona tse nyenyane bakeng sa nyehelo ea sebe le ramo e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea secheso.
6 Joale Arone a hlahise poho ea nyehelo ea sebe bakeng sa hae ’me o tla etsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa hae+ le ba lelapa la hae.
7 A nke lipoli tseo tse peli ’me a li emise ka pel’a Jehova monyako oa tente ea pokano. 8 Arone a lahle lotho bakeng sa lipoli tseo tse peli, lotho e ’ngoe bakeng sa Jehova le lotho e ’ngoe bakeng sa Azazele.* 9 Arone a hlahise poli eo lotho e oetseng ho eona+ bakeng sa Jehova ’me a e etse nyehelo ea sebe. 10 Empa poli eo lotho e oetseng ho eona bakeng sa Azazele e tlisoe e phela ka pel’a Jehova e le hore ho etsetsoe sehlabelo sa ho tšoareloa libe holim’a eona hore e romeloe lefeelleng+ bakeng sa Azazele.
11 Arone a hlahise poho ea nyehelo ea sebe bakeng sa hae e le hore libe tsa hae le tsa ba lelapa la hae li ka tšoareloa. Ka mor’a moo, a hlabe poho ea nyehelo ea sebe bakeng sa hae.+
12 Joale a nke pane ea mollo+ e tletseng mashala a tukang ho tsoa aletareng+ ka pel’a Jehova le libano tse sitsoeng hantle tse nkhang hamonate+ tse tletseng liatla tse peli ’me o tla li tlisa ka har’a kharetene.+ 13 A boele a tšele libano holim’a mollo ka pel’a Jehova+ ’me mosi oa libano o tla koahela sekoahelo sa Areka+ se holim’a Bopaki+ e le hore a se ke a shoa.
14 A nke a mang a mali+ a poho a a fafatse ka monoana ka pel’a sekoahelo se lehlakoreng le ka bochabela. A etse sena ka makhetlo a supileng.+
15 A hlabe poli ea nyehelo ea sebe bakeng sa sechaba+ ’me a tlise mali a eona ka har’a kharetene+ ’me ka mali a eona+ a etse se tšoanang le seo a se entseng ka mali a poho, a a fafatse ka pel’a sekoahelo.
16 A etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa sebaka se halalelang ka lebaka la liketso tsa ho se hloeke tsa Baiseraele le ka lebaka la litlolo le libe tsa bona.+ Ke seo a lokelang ho se etsa bakeng sa tente ea pokano e har’a Baiseraele ba etsang lintho tse sa hloekang.
17 Ha ho motho e mong ea lokelang ho ba ka har’a tente ea pokano ho tloha nakong eo a kenang ho ea etsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe sebakeng se halalelang ho fihlela a tsoa. A etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe molemong oa hae le oa ntlo ea hae+ le molemong oa sechaba sohle sa Iseraele.+
18 Ka mor’a moo, a tsoe a ee aletareng+ e ka pel’a Jehova, a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa sechaba ’me a nke mali a poho le mali a poli, a a tlotse manakeng a aletare mahlakoreng ’ohle. 19 A boele a fafatse a mang a mali holim’a eona ka monoana ka makhetlo a supileng ’me a e hloekise liketsong tse sa hloekang tsa Baiseraele.
20 Ha a qetile ho etsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe+ bakeng sa sebaka se halalelang, bakeng sa tente ea pokano le bakeng sa aletare,+ a hlahise le poli e phelang.+ 21 Arone a behe matsoho a hae hloohong ea poli e phelang ’me a bolele liphoso tsohle tsa Baiseraele le melato eohle ea bona le libe tsohle tsa bona holim’a eona, a li behe hloohong ea poli+ ’me motho ea khethiloeng a e lokolle hore e ee lefeelleng. 22 Poli eo e tla jara liphoso tsohle tsa bona+ ’me o tla e lokolla hore e ee lefeelleng.+
23 Arone a kene ka tenteng ea pokano ’me a hlobole liaparo tsa line tseo a ileng a li apara ha a kena sebakeng se halalelang ’me a li behe fatše moo. 24 A itlhatsoe ka metsi+ sebakeng se halalelang ’me a apare liaparo tsa hae.+ A tsoe ’me a fane ka nyehelo ea hae ea secheso+ le nyehelo ea secheso ea sechaba+ ’me a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe molemong oa hae le oa sechaba.+ 25 A etse hore mafura a nyehelo ea sebe a kubelle aletareng.
26 Motho ea ileng a lokolla poli hore e tsamaee bakeng sa Azazele,+ a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe ka metsi. Ka mor’a moo, a ka kena liahelong.
27 Poho ea nyehelo ea sebe le poli ea nyehelo ea sebe, tseo mali a tsona a ileng a tlisoa sebakeng se halalelang e le ho etsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe, li ntšetsoe ka ntle ho liahelo ’me matlalo a tsona le nama ea tsona le bolokoe ba tsona li chesoe.+ 28 Motho ea li chesang a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe ka metsi. Ka mor’a moo, a ka kena liahelong.
29 Ena ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa lona: Ka letsatsi la leshome la khoeli ea bosupa, le bontše hore le utloile bohloko* ’me le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe,+ ho sa tsotellehe hore na motho ke Moiseraele ka tlhaho kapa ke molichaba ea lulang le lona. 30 Letsatsing lena ho etsoe sehlabelo sa ho tšoareloa libe+ bakeng sa lona e le hore ho boleloe hore le hloekile. Le tla hloeka libeng tsohle tsa lona ka pel’a Jehova.+ 31 Ke sabatha ea lona ea ho phomola ka ho feletseng ’me le lokela ho bontša hore le utloile bohloko.+ Ke taelo e tla lula e le teng.
32 Moprista ea tlotsitsoeng+ le ea khethiloeng* hore a sebeletse e le moprista+ sebakeng sa ntate oa hae,+ a etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe ’me a apare liaparo tsa line+ e leng liaparo tse halalelang.+ 33 A etse sehlabelo sa ho tšoareloa libe bakeng sa sehalalelo,+ tente ea pokano+ le aletare+ hape a etsetse baprista le sechaba sohle sa Iseraele sehlabelo sa ho tšoareloa libe.+ 34 Ena ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa lona+ e le ho etsetsa Baiseraele sehlabelo sa ho tšoareloa libe tsohle tsa bona hanngoe ka selemo.”+
Kahoo, Arone a etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
17 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Arone le bara ba hae le Baiseraele bohle ’me u re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova a se laetseng:
3 “Haeba motho leha e le ofe oa ntlo ea Iseraele a hlabela poho kapa ramo e nyenyane kapa poli liahelong kapa a e hlabela ka ntle ho liahelo, 4 a sa e tlise monyako oa tente ea pokano ho e hlahisa e le nyehelo ho Jehova ka pel’a tabernakele ea Jehova, motho eo o tla ba molato oa mali. Kaha o bolaile phoofolo ka tsela e seng molaong, a bolaoe. 5 Ho etsoe joalo e le hore mahlabelo ao Baiseraele ba a etsetsang Jehova naheng, ba tle ba a tlise monyako oa tente ea pokano ho moprista. Ba etse mahlabelo ana e le mahlabelo a kopanetsoeng ho Jehova.+ 6 Moprista a fafatse mali aletareng ea Jehova monyako oa tente ea pokano ’me a etse hore mafura a kubelle e le monko o monate* ho Jehova.+ 7 Kahoo, ba se ke ba hlola ba etsa mahlabelo bakeng sa bademona ba kang lipoli,*+ bao ba etsang botekatse* le bona ka ho ba rapela.+ Ena ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa lona le melokong eohle ea lona.”’
8 U re ho bona, ‘Motho leha e le ofe oa ntlo ea Iseraele kapa molichaba leha e le ofe ea lulang le lona ea tlisang nyehelo ea secheso kapa sehlabelo 9 empa a sa li tlise monyako oa tente ea pokano ho Jehova, a bolaoe har’a batho ba habo.+
10 Haeba motho leha e le ofe oa ntlo ea Iseraele kapa molichaba ea lulang le lona a ja mali+ a ntho leha e le efe, ke tla mo halefela ’me ke tla mo bolaea har’a batho ba habo. 11 Etsoe bophelo bo maling+ ’me ke fane ka ’ona aletareng+ hore le iketsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe hobane ka lebaka la bophelo bo ho ’ona, mali a koahela libe.+ 12 Ke ka lebaka leo ke itseng ho Baiseraele: “Ha ho le ea mong oa lona ea lokelang ho ja mali ebile ha ho molichaba ea lulang le lona+ ea lokelang ho ja mali.”+
13 Haeba e mong oa Baiseraele kapa molichaba ea itseng ea lulang le lona a tsoma ’me a tšoasa phoofolo e hlaha kapa nonyana e ka jeoang, a ntše mali a eona+ ’me a a koahele ka mobu. 14 Bophelo ba nama ea mofuta o mong le o mong ke mali a eona kaha bophelo bo maling. Ke ka lebaka leo ke itseng ho Baiseraele: “Le se ke la ja mali a nama ea mofuta leha e le ofe hobane bophelo ba nama ea mofuta leha e le ofe ke mali a eona. Mang kapa mang ea a jang o tla felisoa.”+ 15 Haeba leha e le mang ebang ke Moiseraele ka tlhaho kapa ke molichaba, a ja phoofolo e fumanoeng e shoele kapa e bolailoeng ke phoofolo e hlaha,+ a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe ka metsi, o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea,+ ka mor’a moo o tla hloeka. 16 Empa haeba a sa li hlatsoe ’me a sa itlhatsoe, o tla arabella phoso ea hae.’”+
18 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Baiseraele u re ho bona, ‘Ke ’na Jehova Molimo oa lona.+ 3 Le se ke la itšoara ka mokhoa oo batho ba itšoarang ka oona naheng ea Egepeta moo le neng le lula teng ’me le se ke la etsa lintho tseo ba li etsang naheng ea Kanana, moo ke le isang teng.+ Le se ke la etsa lintho tseo ba li etsang. 4 Le latele melao ea ka ’me le phethe litaelo tsa ka.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona. 5 Le latele litaelo tsa ka le melao ea ka ’me motho ea li latelang o tla phela.+ Ke ’na Jehova.
6 Ha ho motho leha e le ofe har’a lona ea lokelang ho etsa thobalano* le mang kapa mang oa leloko la hae.+ Ke ’na Jehova. 7 U se ke oa etsa thobalano le ntate oa hao hape u se ke oa etsa thobalano le ’mè oa hao. Ke ’mè oa hao kahoo, u se ke oa etsa thobalano le eena.
8 U se ke oa etsa thobalano le mosali oa ntate oa hao+ hobane hoo ke ho tlotlolla ntate oa hao.*
9 U se ke oa etsa thobalano le khaitseli ea hao ebang ke morali oa ntate oa hao kapa oa ’mè oa hao ebang o hlahetse lapeng leno kapa ka ntle ho lona.+
10 U se ke oa etsa thobalano le morali oa mora oa hao kapa morali oa morali oa hao hobane ba amana le uena ka mali.
11 U se ke oa etsa thobalano le morali oa mosali oa ntate oa hao, ngoana oa ntate oa hao hobane ke khaitseli ea hao.
12 U se ke oa etsa thobalano le rakhali oa hao. O amana le ntate oa hao ka mali.+
13 U se ke oa etsa thobalano le ’mangoane oa hao kapa nkhono e leng ausi oa ’mè oa hao hobane o amana le ’mè oa hao ka mali.
14 U se ke oa tlotlolla* ngoan’abo ntate oa hao ka ho etsa thobalano le mosali oa hae. Ke mosali oa ngoan’abo ntate oa hao.+
15 U se ke oa etsa thobalano le ngoetsi ea hao.+ Ke mosali oa mora oa hao kahoo, u se ke oa etsa thobalano le eena.
16 U se ke oa etsa thobalano le mosali oa ngoan’eno+ hobane u tla be u tlotlolla ngoan’eno.*
17 U se ke oa etsa thobalano le mosali le morali oa hae+ hape u se ke oa etsa thobalano le morali oa mora oa hae kapa le morali oa morali oa hae. Ke boitšoaro bo bobe* kaha ba amana le eena ka mali.
18 U se ke oa nka ngoan’abo mosali oa hao hore e be mosali oa hao oa bobeli+ ha mosali oa hao a ntse a phela kaha ba tla loantšana.
19 U se ke oa etsa thobalano le mosali ha a le matsatsing.+
20 U se ke oa etsa thobalano le mosali oa monna e mong* kaha hoo ke ho itšilafatsa.+
21 U se ke oa fana* ka ngoana oa hao ho Moloke.+ U se ke oa hlompholla lebitso la Molimo oa hao ka tsela eo.+ Ke ’na Jehova.
22 U se ke oa robala le monna e mong joalokaha u robala le mosali.+ Ke ketso e nyonyehang.
23 Monna a se ke a etsa thobalano le phoofolo hobane e tla mo silafatsa, le mosali a se ke a leka ho etsa thobalano le phoofolo.+ Ha se ntho ea tlhaho.
24 Le se ke la itšilafatsa ka ntho leha e le efe ea tsena hobane lichaba tseo ke li lelekang ka pel’a lona li itšilafalitse ka tsona.+ 25 Kahoo, naha ha ea hloeka ’me ke tla tlisetsa baahi ba naha kotlo ka lebaka la phoso ea bona ’me ba tla lelekoa naheng ea bona.+ 26 Empa lona le latele litaelo tsa ka le melao ea ka+ ’me le se ke la etsa leha e le efe ea lintho tsena tse nyonyehang ebang ke Moiseraele ka tlhaho kapa molichaba ea lulang le lona.+ 27 Kaha lintho tsena tsohle tse nyonyehang li ile tsa etsoa ke batho ba neng ba lula naheng eo pele ho lona,+ naha eo ha ea hloeka. 28 Joale le ke ke la tlameha ho lelekoa naheng ka lebaka la ho e silafatsa, ka mokhoa o tšoanang le oo lichaba tse bileng teng pele ho lona li tla lelekoa ka oona. 29 Haeba mang kapa mang a etsa leha e le efe ea lintho tsena tse nyonyehang, a bolaoe har’a sechaba sa habo. 30 Le mamele litaelo tsena ka hore le se ke la etsa leha e le efe ea litloaelo tse nyonyehang tse neng li etsoa pele ho lona+ e le hore le se ke la itšilafatsa ka tsona. Ke ’na Jehova Molimo oa lona.’”
19 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le sechaba sohle sa Iseraele ’me u re ho sona, ‘Le halalele hobane ’na Jehova Molimo oa lona, kea halalela.+
3 E mong le e mong oa lona a hlomphe* ’mè oa hae le ntate oa hae+ ’me le boloke lisabatha tsa ka.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona. 4 Le se ke la latela melimo e se nang thuso+ kapa la iketsetsa melimo e entsoeng ka tšepe.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona.
5 Haeba le tlisa nyehelo ea sehlabelo se kopanetsoeng ho Jehova,+ le se nyehele ka tsela e tla etsa hore a le amohele.+ 6 Se jeoe letsatsing leo le fanang ka sona le letsatsing le hlahlamang empa se setseng ho fihlela letsatsing la boraro se lokela ho chesoa mollong.+ 7 Haeba karolo e ’ngoe ea sona e jeoa letsatsing la boraro, ke ntho e silafetseng e ke keng ea amoheleha. 8 Ea se jang o tla arabella phoso ea hae hobane o silafalitse sehlabelo se kopanetsoeng sa Jehova ’me motho eo a bolaoe har’a sechaba sa habo.
9 Ha le kotula lijalo tšimong ea lona, le se ke la kotula moeli oa tšimo ea lona ka ho feletseng ’me ha lea lokela ho thonaka se setseng.*+ 10 Hape, le se ke la bokella morara o setseng lirapeng tsa lona tsa morara kapa la thonaka o hasaneng. Le o siele ba futsanehileng+ le balichaba. Ke ’na Jehova Molimo oa lona.
11 Le se ke la utsoa,+ le se ke la bua leshano+ hape le se ke la etsetsana bolotsana. 12 Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso+ la ka eaba le hlompholla lebitso la Molimo oa lona. Ke ’na Jehova. 13 U se ke oa etsetsa motho e mong bolotsana+ ’me u se ke oa tlatlapa.+ Ha oa lokela ho lula ka moputso oa mohiruoa bosiu bohle ho fihlela hoseng.+
14 U se ke oa rohaka* motho ea sa utloeng litsebeng kapa oa beha ntho e ka khopang sefofu,+ u lokela ho tšaba Molimo oa hao.+ Ke ’na Jehova.
15 Le ahlole ka toka. Le se ke la ba leeme ho batho ba futsanehileng kapa la nkela ba ruileng holimo.+ Le ahlole motho e mong le e mong ka toka.
16 U se ke oa tsamaea u ntse u jala mashano ka sepheo sa ho senya ba bang lebitso har’a batho ba heno.+ U se ke oa batla hore bophelo* ba motho e mong bo felisoe.*+ Ke ’na Jehova.
17 U se ke oa hloea ngoan’eno ka pelong ea hao.+ U mo khalemele+ e le hore u se ke oa ba molato oa sebe joaloka eena.
18 U se ke oa iphetetsa+ kapa oa tšoara batho ba bang ka pelo hape u rate motho e mong joalokaha u ithata.+ Ke ’na Jehova.
19 Le latele litaelo tsena tsa ka: Le se ke la kopanya liphoofolo tsa lona tse ruuoang tsa mefuta e ’meli hore li tlolelane. Le se ke la jala mefuta e ’meli ea peo masimong a lona+ ’me le se ke la apara liaparo tse entsoeng ka mefuta e ’meli ea khoele e lohelletsoeng hammoho.+
20 Joale haeba monna a etsa thobalano le mosali ’me mosali eo e le mosebeletsi ea tšepisitsoeng monna e mong empa a e-s’o lokolloe, ba fuoe kotlo. Leha ho le joalo, ba se ke ba bolaoa hobane mosali eo o ne a e-s’o lokolloe. 21 Monna eo a tlise ramo e le nyehelo ea hae ea molato+ ho Jehova monyako oa tente ea pokano. 22 Moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe ka ramo ea nyehelo ea molato ka pel’a Jehova bakeng sa sebe seo a se entseng ’me o tla se tšoareloa.
23 Ha le fihla naheng eo ’me le lema sefate leha e le sefe bakeng sa lijo, le nke litholoana tsa sona e le tse sa hloekang le tse sa lokelang ho jeoa. Sefate seo se tla thibeloa* ka lilemo tse tharo bakeng sa lona. Ha sea lokela ho jeoa. 24 Empa selemong sa bone, litholoana tsohle tsa sona e tla ba tse halalelang ’me le fane ka tsona ho Jehova ka thabo.+ 25 Joale selemong sa bohlano, le ka ja litholoana tsa sona e le hore le eketse lihlahisoa lijong tsa lona tse kotutsoeng. Ke ’na Jehova Molimo oa lona.
26 Le se ke la ja letho le nang le mali.+
Le se ke la batla lipontšo tsa se tlang kapa la sebelisa boselamose.+
27 Le se ke la kuta moriri o mahlakoreng a lihlooho tsa lona kapa la senya litelu tsa lona ka mathoko.+
28 Le se ke la iphatsetsa mofu*+ kapa la ingola ’meleng.* Ke ’na Jehova.
29 U se ke oa hlompholla morali oa hao ka ho mo etsa letekatse+ e le hore naha e se ke ea etsa botekatse ’me ea tlala boitšoaro bo bobe.+
30 Le boloke lisabatha tsa ka+ ’me le hlomphe* sehalalelo sa ka. Ke ’na Jehova.
31 Le se ke la batla thuso ho batho ba reng ba buisana le balimo+ ’me le se ke la batla keletso ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele*+ e le hore ba se ke ba le silafatsa. Ke ’na Jehova Molimo oa lona.
32 U hlomphe motho ea moriri o moputsoa,+ u tlotle* motho ea tsofetseng+ ’me u tšabe Molimo oa hao.+ Ke ’na Jehova.
33 Haeba molichaba a lula le lona naheng ea lona, le se ke la mo sotla.+ 34 Molichaba ea lulang le lona a be joaloka Moiseraele har’a lona,+ le mo rate joalokaha le ithata hobane le ne le le balichaba naheng ea Egepeta.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona.
35 Le se ke la sebelisa lintho tse qhekanyetsang ha le metha bolelele, boima kapa ntho leha e le efe.+ 36 Le sebelise likala tse nepahetseng, boima bo nepahetseng, tekanyo e nepahetseng ea lintho tse ommeng* le tse metsi.*+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona, ea le ntšitseng naheng ea Egepeta. 37 Le latele litaelo tsohle tsa ka le melao eohle ea ka.+ Ke ’na Jehova.’”
20 Jehova a re ho Moshe: 2 “U re ho Baiseraele, ‘Motho leha e le ofe oa Iseraele le molichaba ea lulang Iseraele ea fanang ka ngoana oa hae ho Moloke, a bolaoe.+ Batho ba naha ba mo tlepetse ka majoe ho fihlela a shoa. 3 Ke tla halefela motho eo, ke mo bolaee har’a sechaba sa habo hobane o fane ka bana ba bang ba hae ho Moloke ’me o silafalitse sebaka sa ka se halalelang+ ebile o hlomphollotse lebitso la ka le halalelang. 4 Haeba batho ba naha ba etsa eka ha ba bone ha motho eo a etsa sehlabelo ka bana ba hae ho Moloke ’me ba sa mo bolaee,+ 5 ke tla halefela motho eo le lelapa la hae.+ Ke tla mo bolaea har’a batho ba habo hammoho le bohle ba etsang botekatse* le Moloke.
6 Haeba motho a sa ntšepahalle* ka hore a ee ho batho ba reng ba buisana le balimo+ le ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele,*+ ke tla halefela motho eo ’me ke mo bolaee har’a batho ba habo.+
7 Le hloeke ’me le halalele+ hobane ke ’na Jehova Molimo oa lona. 8 Le latele litaelo tsa ka ’me le li phethe.+ Ke ’na Jehova ea le halaletsang.+
9 Haeba ho e-na le motho ea rohakang* ntate oa hae kapa ’mè oa hae, a bolaoe.+ Kaha o rohakile ntate oa hae kapa ’mè oa hae, o tla ikarabella bakeng sa lefu la hae.*
10 Ena ke kotlo e tla fuoa monna ea febang le mosali oa monna e mong: Monna ea febang le mosali oa motho e mong a bolaoe hammoho le mosali eo ea febang le eena.+ 11 Motho ea robalang le mosali oa ntate oa hae o tlotlolotse* ntate oa hae.+ Ka bobeli ba bolaoe. Ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.* 12 Haeba monna a robala le ngoetsi ea hae, ka bobeli ba bolaoe. Ba entse ntho eo eseng ea tlhaho. Ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.*+
13 Ha monna a robala le monna joalokaha a robala le mosali, ka bobeli ba entse ntho e nyonyehang.+ Ba bolaoe. Ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.*
14 Haeba monna a nka mosali le ’mè oa hae, o etsa ntho e nyonyehang.*+ O lokela ho chesoa le bona mollong+ e le hore boitšoaro bo bobe bo se ke ba tsoela pele har’a lona.
15 Haeba monna a etsa thobalano le phoofolo, a bolaoe hammoho le phoofolo eo.+ 16 Haeba mosali a itlisa ho phoofolo e le hore a etse thobalano le eona,+ a bolaoe hammoho le phoofolo eo. Monna eo le mosali eo ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.*
17 Haeba monna a etsa thobalano le khaitseli ea hae e leng morali oa ntate oa hae kapa oa ’mè oa hae, o etsa ntho e hlabisang lihlong.+ Ba bolaoe moo sechaba se ntseng se bona. Monna eo o tlotlolotse khaitseli ea hae* ’me o lokela ho ikarabella bakeng sa phoso ea hae.
18 Haeba monna a etsa thobalano le mosali ea matsatsing, ka bobeli ba bontša hore ha ba hlomphe mali a hae.+ Ba bolaoe har’a sechaba sa habo bona.
19 U se ke oa etsa thobalano le ’mangoane oa hao kapa rakhali oa hao hobane ho etsa joalo e tla be e le ho tlotlolla e mong oa batho bao u amanang le bona ka mali.+ Ba lokela ho ikarabella bakeng sa phoso ea bona. 20 Monna ea etsang thobalano le mosali oa rangoane oa hae, o tlotlolotse* rangoane oa hae.+ Ba tla ikarabella bakeng sa sebe sa bona ’me ba shoe ba se na bana. 21 Haeba monna a nyala mosali oa ngoan’abo, ke ntho e nyonyehang.+ O tlotlolotse* ngoan’abo. Ha baa lokela ho ba le bana.
22 Le latele litaelo tsohle tsa ka le melao eohle ea ka+ ’me le e phethe+ e le hore le se ke la lelekoa naheng+ eo ke le isang ho eona. 23 Le se ke la latela mekhoa ea lichaba tseo ke li lelekang ka pel’a lona+ hobane li entse lintho tsena tsohle ’me ke li hloile.+ 24 Ke ka lebaka leo ke itseng ho lona: “Le tla nka naha ea tsona ’me ke tla le fa eona, naha e phallang lebese le mahe a linotši.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona ea le arotseng ho lichaba.”+ 25 Le khetholle pakeng tsa phoofolo e hloekileng le e sa hloekang le pakeng tsa nonyana e hloekileng le e sa hloekang.+ Le se ke la itšilafatsa ka phoofolo kapa nonyana kapa ntho leha e le efe e hahabang eo ke itseng ha ea hloeka+ bakeng sa lona. 26 Le halalele ka pel’a ka hobane ’na Jehova kea halalela+ ’me ke le arola ho lichaba hore le be batho ba ka.+
27 Monna kapa mosali leha e le ofe ea reng o buisana le balimo kapa ea reng o bolela liketsahalo esale pele a bolaoe.+ Sechaba se mo tlepetse ka majoe ho fihlela a shoa. O tla ikarabella bakeng sa lefu la hae.’”*
21 Jehova a re ho Moshe: “Bua le bara ba Arone e leng baprista ’me u re ho bona, ‘Ho se ke ha e-ba le moprista ea itšilafatsang ka hore a thetse motho ea shoeleng sechabeng sa habo.+ 2 Empa a ka itšilafatsa ka ho thetsa motho ea amanang le eena ka mali e leng ’mè oa hae, ntate oa hae, mora oa hae, morali oa hae, ngoan’abo 3 le ka ho thetsa ngoan’abo oa ngoanana eo e neng e le moroetsana ’me a e-s’o ka a nyaloa. 4 A se ke a itšilafatsa ka hore a thetse mosali ea nyetsoeng ke monna oa sechaba sa habo monna eo. 5 Baprista ba se ke ba ikuta moriri+ kapa ba kuta litelu tsa bona ka mathoko kapa ho itšeha ’meleng.+ 6 Ba halalele ho Molimo oa bona+ ’me ba se ke ba silafatsa lebitso la Molimo oa bona+ hobane ke bona ba hlahisang linyehelo tsa Jehova tse chesoang ka mollo e leng bohobe* ba Molimo oa bona ’me ba halalele.+ 7 Moprista a se ke a nyala letekatse,+ mosali ea silafalitsoeng kapa mosali ea hlaliloeng ke monna+ hobane moprista oa halalela ho Molimo oa hae. 8 Le nke moprista a halalela+ hobane ke eena ea hlahisang bohobe ba Molimo oa lona. A halalele ho lona hobane ’na Jehova, ea le halaletsang, kea halalela.+
9 Joale haeba morali oa moprista a itšilafatsa ka ho etsa botekatse, o silafatsa ntate oa hae. A chesoe ka mollo.+
10 Moprista ea phahameng har’a baprista* e leng ea tšetsoeng ka oli e halalelang* hloohong+ ebile a khethiloe* hore a apare liaparo tsa boprista,+ a se ke a tlohela moriri oa hae o sa kangoa ebile o se makhethe kapa a tabola liaparo tsa hae.+ 11 A se ke a itšilafatsa ka hore a atamele haufi le motho ea shoeleng*+ ebang ke ntate oa hae kapa ’mè oa hae. 12 A se ke a tsoa ka sehalalelong ’me a se ke a silafatsa sehalalelo sa Molimo oa hae+ hobane pontšo ea boinehelo e leng oli e halalelang ea Molimo oa hae,+ e holim’a hae. Ke ’na Jehova.
13 A nyale moroetsana.+ 14 A se ke a nyala mohlolohali, mosali ea hlaliloeng, ea silafalitsoeng kapa letekatse empa a nyale moroetsana sechabeng sa habo hore e be mosali oa hae. 15 A se ke a silafatsa bana* ba hae sechabeng sa habo+ hobane ke ’na Jehova ea mo halaletsang.’”
16 Jehova a re ho Moshe: 17 “E-re ho Arone, ‘Ha ho le ea mong baneng* ba hao le melokong eohle ea bona ea nang le bothata bo itseng ’meleng ea ka tlang aletareng e le hore a hlahise bohobe ba Molimo oa hae. 18 Haeba ho e-na le monna leha e le ofe ea nang le bothata bo itseng ’meleng, a se ke a tla aletareng e leng ea foufetseng kapa ea holofetseng kapa eo sefahleho sa hae se senyehileng* kapa eo matsoho kapa maoto a hae a fetanang, 19 ea robehileng leoto kapa letsoho, 20 ea lekhutla kapa ea bokhutšoane bo sa tloaelehang* kapa ea nang le bothata ba mahlo kapa boloetse ba letlalo kapa litlapeli kapa ea pshatlehileng makoalata.+ 21 Ha ho monna oa leloko* la moprista Arone ea nang le bothata bo itseng ’meleng ea lokelang ho ea aletareng e le hore a hlahise linyehelo tsa Jehova tse chesoang ka mollo. Kaha o na le bothata bo itseng ’meleng, a se ke a ea aletareng e le hore a hlahise bohobe ba Molimo oa hae. 22 A ka ja bohobe ba Molimo oa hae bo tsoang linthong tse halalelang ka ho fetisisa+ le linthong tse halalelang.+ 23 Empa a se ke a tla haufi le kharetene+ hape a se ke a atamela aletare+ hobane o na le bothata bo itseng ’meleng ’me ha aa lokela ho silafatsa sehalalelo sa ka+ kaha ke ’na Jehova, ea ba* halaletsang.’”+
24 Moshe a bolella Arone le bara ba hae le Baiseraele bohle litaba tseo.
22 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bolella Arone le bara ba hae hore ba hlokomele tsela eo ka eona ba tšoarang linyehelo tse halalelang tsa Baiseraele ’me ba se ke ba hlompholla lebitso la ka le halalelang+ mabapi le lintho tseo ba li halaletsang bakeng sa ka.+ Ke ’na Jehova. 3 E-re ho bona, ‘Motho leha e le ofe melokong eohle ea lona ea atamelang lintho tse halalelang nakong eo a sa hloekang, tseo Baiseraele ba li halaletsang bakeng sa Jehova, a bolaoe ka pel’a ka.+ Ke ’na Jehova. 4 Ha ho monna leha e le ofe oa leloko la Arone ea nang le lepera+ kapa eo setho sa hae sa botona se lutlang+ ea lokelang ho ja lintho tse halalelang a e-s’o hloeke+ leha e le ea thetsang motho ea silafalitsoeng ke motho ea shoeleng+ kapa ea tsoang peo+ 5 kapa ea thetsang libopuoa tse sa hloekang tse tsamaeang e le sehlopha+ kapa ea thetsang motho ea sa hloekang ka lebaka leha e le lefe ebe oa mo silafatsa.+ 6 Motho ea thetsang leha e le efe ea lintho tsena o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea ’me a ke ke a ja leha e le efe ea lintho tse halalelang empa o lokela ho itlhatsoa ka metsi.+ 7 Ha letsatsi le se le liketse, o tla hloeka ’me ka mor’a moo, a ka ja tse ling tsa lintho tse halalelang hobane ke lijo tsa hae.+ 8 Hape, a se ke a ja phoofolo leha e le efe e fumanoeng e shoele kapa ntho leha e le efe e bolailoeng ke phoofolo ea naheng hobane e ka mo silafatsa.+ Ke ’na Jehova.
9 Ba mamele taelo ea ka e le hore ba se ke ba e-ba le sebe ka lebaka la ho se mamele eaba ba lokela ho shoa hobane ba silafalitse lintho tse halalelang. Ke ’na Jehova, ea ba halaletsang.
10 Ha ho motho ea sa lumelloang* ea ka jang ntho leha e le efe e halalelang ebang ke mosebeletsi ea hiriloeng kapa molichaba ea etetseng moprista.+ 11 Empa haeba moprista a reka motho ka chelete ea hae, motho eo a ka ja ntho leha e le efe e halalelang. Makhoba a hlahetseng ka tlung ea hae le ’ona a ka ja lijo tsa hae.+ 12 Haeba morali oa moprista a nyaloa ke motho eo e seng moprista, a se ke a ja linyehelo tse halalelang. 13 Empa haeba morali oa moprista e e-ba mohlolohali kapa a hlaliloe ’me a se na bana ebile a khutlela ka tlung ea ntate oa hae moo a neng a lula teng ha a sa le mocha, a ka ja lijo tsa ntate oa hae+ empa ha ho motho ea sa lumelloang* ea ka li jang.
14 Haeba ka phoso motho a ja nyehelo e halalelang, a fane ka karolo e le ’ngoe ho tse ling le tse ling tse hlano tsa nyehelo eo ’me a e fe moprista.+ 15 Kahoo, baprista ba se ke ba silafatsa lintho tse halalelang tseo Baiseraele ba li nehelang ho Jehova+ 16 eaba ba etsa hore Baiseraele ba fumane kotlo ka lebaka la ho ba lumella ho ja lintho tse halalelang kaha ke ’na Jehova, ea ba halaletsang.’”
17 Jehova a re ho Moshe: 18 “Bua le Arone le bara ba hae le Baiseraele bohle ’me u re ho bona, ‘Ha monna oa Moiseraele kapa molichaba ea lulang Iseraele a hlahisa nyehelo ea secheso+ ho Jehova e le ho phetha boitlamo ba hae kapa ho etsa nyehelo ea boithaopo,+ 19 a hlahise phoofolo e tona e phetseng hantle+ ho tsoa mohlapeng oa liramo tse nyenyane kapa oa lipoli e le hore a amohelehe. 20 Le se ke la hlahisa phoofolo leha e le efe e sa phelang hantle+ hobane e tla etsa hore le se ke la amoheloa.
21 Haeba motho a tlisetsa Jehova sehlabelo se kopanetsoeng+ e le hore a phethe boitlamo ba hae kapa e le nyehelo ea boithaopo, e be phoofolo e phetseng hantle har’a mohlape oa likhomo kapa oa linku le lipoli e le hore a amohelehe. E be phoofolo e phetseng hantle. 22 Phoofolo eo le e nyehelang ha ea lokela ho ba e foufetseng, e robehileng, e sehiloeng, e leqhutsu, e tsoileng lekhoekhoe kapa setlapeli. Le se ke la hlahisa phoofolo leha e le e fe e nang le lintho tsena ho Jehova kapa la etsetsa Jehova nyehelo ka eona aletareng. 23 Le ka fana ka poho kapa nku e nang le maoto a fetanang e le nyehelo ea boithaopo empa e ke ke ea amoheleha e le nyehelo ea boitlamo. 24 Le se ke la hlahisa phoofolo e makoalata a senyehileng ho Jehova kapa a pshatlehileng kapa a ntšitsoeng kapa a ponngoeng ’me le se ke la fana ka liphoofolo tse joalo e le linyehelo naheng ea lona. 25 Le se ke la hlahisa phoofolo e joalo e tsoang ho molichaba e le lijo tsa Molimo oa lona hobane phoofolo e joalo ha ea phela hantle. E ke ke ea amoheleha.’”
26 Jehova a re ho Moshe: 27 “Ha namane, ramo e nyenyane kapa potsanyane e tsoaloa, e tla lula le ’m’a eona ka matsatsi a supileng+ empa ho tloha ka letsatsi la borobeli ho ea pele ho ka fanoa ka eona e le nyehelo e amohelehang, nyehelo e chesetsoang Jehova. 28 Le se ke la hlaba poho kapa nku hammoho le namane kapa konyana ea eona ka letsatsi le le leng.+
29 Haeba le etsetsa Jehova sehlabelo sa liteboho,+ le fane ka sona ka tsela e tla etsa hore le amohelehe. 30 Se jeoe letsatsing lona leo. Le se ke la siea letho la sona ho fihlela hoseng.+ Ke ’na Jehova.
31 Le latele litaelo tsa ka ’me le li phethe.+ Ke ’na Jehova. 32 Le se ke la hlompholla lebitso la ka le halalelang+ empa ke lokela ho halaletsoa har’a Baiseraele.+ Ke ’na Jehova, ea le halaletsang,+ 33 ea le ntšitseng naheng ea Egepeta hore ke be Molimo oa lona.+ Ke ’na Jehova.”
23 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Baiseraele ’me u re ho bona, ‘Mekete+ eo Jehova a reng le e keteke+ ke kopano ea matsatsi a halalelang bakeng sa batho bohle. Ena ke mekete ea ka e bang teng ka linako tse itseng:
3 Mosebetsi o ka etsoa ka matsatsi a tšeletseng empa ka letsatsi la bosupa ke sabatha ea ho phomola ka ho feletseng,+ ke kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi oa mofuta leha e le ofe. E be sabatha ea Jehova hohle moo le lulang teng.+
4 Ena ke mekete ea Jehova e leng likopano tse halalelang tseo le lokelang ho li phatlalatsa ka nako ea tsona e behiloeng: 5 Ka letsatsi la bo14 la khoeli ea pele,+ ka shoalane* ke Paseka+ ea Jehova.
6 Ka letsatsi la bo15 khoeling ena ke Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso oa Jehova.+ Le je mahobe a se nang tomoso ka matsatsi a supileng.+ 7 Letsatsing la pele, le be le kopano e halalelang.+ Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima. 8 Empa le hlahise nyehelo e chesetsoang Jehova ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la bosupa ke kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima.’”
9 Jehova a re ho Moshe: 10 “Bua le Baiseraele u re ho bona, ‘Ha le kena naheng eo ke le fang eona ’me le se le kotutse lijalo ho eona, le tlise ngata ea litholoana tsa pele+ tseo le li kotutseng ho moprista.+ 11 Moprista a tsokele ngata koana le koana ka pel’a Jehova e le hore le amoheloe. A e tsokele koana le koana letsatsi ka mor’a Sabatha. 12 Letsatsing leo ka lona ngata e tsokeloang koana le koana, le fane ka ramo e nyenyane e phetseng hantle, e selemong sa eona sa pele e le nyehelo ea secheso ho Jehova. 13 Nyehelo ea eona ea lijo* e be lik’hilokramo tse peli* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.* Nyehelo ea eona ea seno e be lilithara tse ka holimo ho tse ’nè* tsa veine. 14 Le se ke la ja lijo tse halikiloeng, lijo tse sa tsoa kotuloa kapa bohobe leha e le bofe bo entsoeng ka lijo tse sa tsoa kotuloa ho fihlela letsatsing leo le tlisang nyehelo ea Molimo oa lona. Ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa meloko ea lona hohle moo le lulang teng.
15 Le bale libeke tse supileng* ho tloha letsatsing la ka mor’a Sabatha, ho tloha letsatsing leo le tlisang ngata ea nyehelo e tsokoang.+ E be libeke tse feletseng. 16 Le bale matsatsi a 50+ ho fihlela letsatsing la ka mor’a Sabatha ea bosupa ’me ka mor’a moo, le hlahisetse Jehova nyehelo ea lijo tse sa tsoa kotuloa.+ 17 Le tlise mahobe a mabeli a tsoang matlong a lona e le nyehelo e tsokoang. A etsoe ka lik’hilokramo tse peli* tsa phofo e sitsoeng hantle. A bakoe a e-na le tomoso+ e le litholoana tsa pele tse butsoitseng tsa Jehova.+ 18 Mahobe ao a hlahisoe le likonyana tse tona tse phetseng hantle tse supileng, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo le pohoana e le ’ngoe le liramo tse peli.+ E be nyehelo ea secheso ea Jehova hammoho le nyehelo ea lijo le linyehelo tsa seno e le nyehelo e chesoang, e monko o monate* ho Jehova. 19 Le fane ka potsanyane e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe+ le likonyana tse peli tse tona, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, e le sehlabelo se kopanetsoeng.+ 20 Moprista a li tsokele koana le koana le mahobe a litholoana tsa pele tse butsoitseng hammoho le likonyana tse peli tse tona e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova. Ke ntho e halalelang ho Jehova ’me ke tsa moprista.+ 21 Letsatsing lena le phatlalatse+ hore ke kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima. Ke taelo e tla lula e le teng libakeng tsohle tseo le lulang ho tsona bakeng sa meloko eohle ea lona.
22 Ha le kotula lijalo tsa naha ea lona, le se ke la kotula moeli oa tšimo ea lona ka ho feletseng ’me le se ke la thonaka lijalo tse setseng.+ Le li siele motho ea futsanehileng+ le molichaba.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona.’”
23 Jehova a re ho Moshe: 24 “Bua le Baiseraele u re, ‘Ka letsatsi la pele khoeling ea bosupa, le phomole mesebetsing eohle ea lona. Letsatsi lena le tla phatlalatsoa ka molumo oa terompeta+ e le ho le hopotsa hore ke kopano e halalelang. 25 Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima ’me le hlahise nyehelo e chesetsoang Jehova.’”
26 Jehova a re ho Moshe: 27 “Leha ho le joalo, ka letsatsi la leshome khoeling ena ea bosupa ke Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe.+ Le be le kopano e halalelang, le bontše hore le utloile bohloko*+ ’me le hlahise nyehelo e chesetsoang Jehova. 28 Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe letsatsing lena hobane ke letsatsi leo moprista a le etsetsang sehlabelo sa ho tšoareloa libe+ ka pel’a Jehova Molimo oa lona. 29 Mang kapa mang ea ke keng a bontša hore o utloile bohloko* letsatsing lena, a bolaoe sechabeng sa habo.+ 30 Ke tla bolaea motho e mong le e mong ea etsang mosebetsi leha e le ofe ka letsatsi lena. 31 Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe. Ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa meloko eohle ea lona hohle moo le lulang teng. 32 Ke sabatha ea hore le phomole ka ho feletseng ’me ka letsatsi la borobong la khoeli ka shoalane, le bontše hore le utloile bohloko.+ Le boloke sabatha ea lona ho tloha mantsiboea a mang ho isa ho a mang.”
33 Jehova a re ho Moshe: 34 “Bolella Baiseraele ho re, ‘Ka letsatsi la bo15 khoeling ena ea bosupa ke Mokete oa Maphephe* oa Jehova ka matsatsi a supileng.+ 35 Ka letsatsi la pele ke kopano e halalelang kahoo le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima. 36 Le hlahise nyehelo e chesetsoang Jehova ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la borobeli, le be le kopano e halalelang+ ’me le hlahise nyehelo e chesetsoang Jehova. Ke seboka se hlomphehang. Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima.
37 Ena ke mekete e bang ka linako tse itseng+ ea Jehova eo le tla e phatlalatsa e le likopano tse halalelang+ e le ho hlahisa nyehelo e chesetsoang Jehova e leng nyehelo ea secheso,+ nyehelo ea lijo+ ea sehlabelo le linyehelo tsa seno+ ho ea ka lenaneo la letsatsi le letsatsi. 38 Linyehelo tseo, ke tseo le ka li ntšang holim’a tse tlisoang ka lisabatha tsa Jehova+ le limpho tsa lona,+ linyehelo tsohle tsa lona tsa boitlamo+ le linyehelo tsa lona tsa boithaopo+ tseo le tla li fa Jehova. 39 Leha ho le joalo, ka letsatsi la bo15 khoeling ea bosupa, ha le bokeletse lihlahisoa tsa naha, le keteke mokete oa Jehova ka matsatsi a supileng.+ Letsatsing la pele ke phomolo e feletseng le letsatsing la borobeli ke phomolo e feletseng.+ 40 Ka letsatsi la pele, le nke litholoana tsa lifate tse ntle haholo, makala a lifate tsa palema,+ makala a lifate tse makhasi le lipopoliri tsa khohlo* ’me le thabe+ ka pel’a Jehova Molimo oa lona ka matsatsi a supileng.+ 41 Le o keteke e le mokete oa Jehova ka matsatsi a supileng selemong+ ’me le o keteke ka khoeli ea bosupa. Ena ke taelo e tla lula e le teng melokong eohle ea lona. 42 Le lule maphepheng ka matsatsi a supileng.+ Baiseraele bohle ba lule maphepheng 43 e le hore meloko ea lona e tla latela e ka tseba+ hore ke ile ka etsa hore Baiseraele ba lule maphepheng ha ke ne ke ba ntša naheng ea Egepeta.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona.’”
44 Moshe a bolella Baiseraele ka mekete eo ea Jehova e bang teng ka linako tse itseng.
24 Jehova a re ho Moshe: 2 “Laela Baiseraele hore ba u tlisetse oli e hloekileng ea mohloaare o tutsoeng bakeng sa mabone e le hore a lule a tuka.+ 3 Arone a hlophise hore kamehla mabone a lule a tuka ka ntle ho kharetene ea Bopaki tenteng ea pokano, ho tloha mantsiboea ho fihlela hoseng ka pel’a Jehova. Ke taelo e tla lula e le teng melokong eohle ea lona. 4 Arone a hlophise mabone holim’a seluloana sa lebone+ sa khauta e hloekileng ka pel’a Jehova kamehla.
5 U nke phofo e sitsoeng hantle ’me u etse mahobe a 12 a selika-likoe a lesoba hare. Bohobe bo bong le bo bong bo etsoe ka phofo ea lik’hilokramo tse peli.* 6 U a behe ka lihlopha tse peli, sehlopheng ka seng+ e be a tšeletseng, u a behe holim’a tafole ea khauta e hloekileng ka pel’a Jehova.+ 7 U behe libano tse tšoeu tse hloekileng holim’a sehlopha ka seng ’me li tla tšoantšetsa bohobe ba karolo e emelang nyehelo eohle*+ e chesetsoang Jehova. 8 Ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe, u bo hlophise ka pel’a Jehova kamehla.+ Ke selekane sa ka ho sa feleng le Baiseraele. 9 Bohobe boo e tla ba ba Arone le bara ba hae+ ’me ba tla bo jella sebakeng se halalelang+ hobane ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hae linyehelong tsa Jehova tse chesoang ka mollo. Ke molao o tla lula o le teng.”
10 Joale har’a Baiseraele ho ne ho e-na le mora oa mosali oa Moiseraele eo ntate oa hae e neng e le Moegepeta+ eaba o loana le monna oa Moiseraele liahelong. 11 Mora oa mosali oa Moiseraele a qala ho hlompholla lebitso la Molimo* le ho le rohaka.*+ Kahoo, ba mo tlisa ho Moshe.+ ’Mè oa hae e ne e le Shelomithe, morali oa Dibri oa leloko la Dane. 12 Ba ile ba mo beha litlamong ho fihlela ba boleletsoe ka ho hlaka hore na qeto ea Jehova ke efe.+
13 Jehova a re ho Moshe: 14 “Ntšetsang motho ea rohakileng lebitso la ka ka ntle ho liahelo, bohle ba mo utloileng ba behe matsoho hloohong ea hae ’me sechaba sohle se mo tlepetse ka majoe.+ 15 Joale e-re ho Baiseraele, ‘Haeba motho leha e le ofe a rohaka Molimo oa hae, o tla arabella sebe sa hae. 16 Kahoo, motho ea hlomphollang lebitso la Jehova o lokela ho bolaoa.+ Sechaba sohle se mo tlepetse ka majoe. Haeba molichaba a hlompholla lebitso la Molimo, a bolaoe joaloka Moiseraele.
17 Haeba motho a bolaea motho e mong, le eena a bolaoe.+ 18 Motho leha e le ofe ea otlang phoofolo e ruuoang ’me a e bolaea, a e lefelle. Bophelo bakeng sa bophelo. 19 Haeba motho a ntša motho e mong kotsi, le eena a ntšoe kotsi.+ 20 Ho robeha bakeng sa ho robeha, leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino. Motho eo a ntšoe kotsi e tšoanang le eo a e ntšitseng motho e mong.+ 21 Motho ea otlang phoofolo ’me a e bolaea, a e lefelle+ empa motho ea bolaeang e mong le eena a bolaoe.+
22 Ho tla etsoa qeto e tšoanang ea boahloli ho molichaba le ho Moiseraele ka tlhaho+ hobane ke ’na Jehova Molimo oa lona.’”
23 Ka mor’a moo, Moshe a bua le Baiseraele eaba ba ntšetsa motho ea rohakileng lebitso la Molimo ka ntle ho liahelo ’me ba mo tlepetsa ka majoe.+ Baiseraele ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
25 Jehova a re ho Moshe Thabeng ea Sinai: 2 “Bua le Baiseraele ’me u re ho bona, ‘Ha le fihla naheng eo ke le fang eona,+ joale naha e tla boloka sabatha ea Jehova.+ 3 Ka lilemo tse tšeletseng u jale peo tšimong ea hao, u be u pome makala* a lifate tsa morara tse serapeng sa hao sa morara ’me u bokelle lihlahisoa tsa naha.+ 4 Empa selemong sa bosupa, ho be le sabatha ea phomolo e feletseng bakeng sa naha e leng sabatha ea Jehova. U se ke oa jala peo tšimong ea hao kapa oa poma makala a lifate tsa morara tse serapeng sa hao sa morara. 5 U se ke oa kotula lijalo tse ileng tsa itlhahisa ka mor’a kotulo ’me u se ke oa bokella morara oa sefate sa hao se sa pongoang makala. Ho be le selemo sa phomolo e feletseng bakeng sa naha. 6 Leha ho le joalo, ka sabatha le ka ja lijo tse ileng tsa itlhahisa, uena le lekhoba la hao la monna le la mosali, mosebeletsi oa hao ea hiriloeng le molichaba ea lulang le uena 7 le phoofolo ea hao e ruuoang le ea naheng. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo naha e e hlahisang e ka jeoa.
8 U bale lilemo tse supileng tsa lisabatha, lilemo tse supileng ka makhetlo a supileng ’me matsatsi a lilemo tse supileng tsa lisabatha e be lilemo tse 49. 9 Joale ka la leshome khoeling ea bosupa, ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe,+ u letse lenaka. U etse hore molumo oa lona o utloahale naheng eohle ea lona. 10 Le halaletse selemo sa bo50 ’me le phatlalatse tokoloho ho baahi bohle ba naha.+ E be Selemo sa Tokoloho* bakeng sa lona ’me e mong le e mong a khutlele sebakeng sa hae le lelapeng la hae.+ 11 Selemo sa bo50 e tla ba Selemo sa Tokoloho bakeng sa lona. Le ke ke la jala peo kapa la kotula lijalo tse ileng tsa itlhahisa ka mor’a kotulo kapa la bokella morara oa lifate tse sa pongoang makala.+ 12 Ke Selemo sa Tokoloho. Se halalele ho lona. Le ka ja feela seo naha e itlhahisetsang sona.+
13 Selemong sa Tokoloho, e mong le e mong a khutlele sebakeng sa hae.+ 14 Haeba u rekisetsa motho ntho leha e le efe kapa u reka ho eena, le se ke la qhekellana.+ 15 U reke ho ea ka hore na e se e le lilemo tse kae Selemo sa Tokoloho se fetile ’me motho eo a u rekisetse ho ea ka palo ea lilemo tse setseng tsa kotulo.+ 16 Haeba ho setse lilemo tse ngata, a ka eketsa chelete ’me haeba ho setse lilemo tse ’maloa, a fokotse chelete hobane o u rekisetsa boleng ba lijo tse tla kotuloa. 17 Ho se ke ha e-ba le motho ea qhekellang e mong.+ Le tšabe Molimo+ oa lona kaha ke ’na Jehova Molimo oa lona.+ 18 Haeba le mamela litaelo tsa ka le melao ea ka, le tla lula le sireletsehile naheng.+ 19 Naha e tla beha litholoana+ ’me le tla ja hore le khore le be le lule moo le sireletsehile.+
20 Empa haeba le ka re: “Re tla ja’ng ka selemo sa bosupa haeba re sa jale peo ebile re sa kotule?”+ 21 Ke tla le hlohonolofatsa ka selemo sa botšelela ’me naha e tla hlahisa lijo tse lekanang lilemo tse tharo.+ 22 Joale ha le jala peo ka selemo sa borobeli, le je lijo tseo le li kotutseng selemong sa botšelela. Le je lijo tseo ho fihlela le kotula ka selemo sa borobong.
23 Naha e se ke ea rekisetsoa ruri+ hobane ke ea ka.+ Lona le balichaba ho ’na.+ 24 Naheng eohle ea lona, le fe motho ea rekisitseng sebaka sa hae tokelo ea ho se lopolla.
25 Haeba ngoan’eno a futsanehile ’me a lokela ho rekisa sebaka sa hae, molopolli ea amanang le eena haufi a tle ’me a reke seo a se rekisitseng.+ 26 Haeba motho a se na molopolli empa a ba le chelete e lekaneng ea ho se lopolla, 27 a bale hore na ke lilemo tse kae a se rekisitse ’me a fe motho eo ea se rekileng chelete ea lilemo tse setseng pele e e-ba Selemo sa Tokoloho. Joale sebaka seo se ka khutlisetsoa ho mong’a sona.+
28 Empa haeba a sa khone ho se reka hape, se tla lula ho motho eo ea se rekileng ho fihlela Selemo sa Tokoloho se fihla,+ se tla khutlela ho mong’a sona ka Selemo sa Tokoloho ’me o tla khutlisetsoa sebaka sa hae.+
29 Joale haeba motho a ka rekisa ntlo e ka har’a motse o nang le marako, o tla lula a e-na le tokelo ea ho e reka hape ho tloha ha a e rekisa ho fihlela selemo se fela, o tla ba le tokelo ea ho e reka hape+ ho fihlela selemo seo se fela. 30 Empa haeba e ke ke ea rekoa hape ho fihlela selemo se fela, ntlo eo e tla lula e le ea motho ea e rekileng ho isa melokong eohle ea hae. E se ke ea khutlela ho mong’a eona ka Selemo sa Tokoloho. 31 Leha ho le joalo, matlo a metseng e se nang marako a nkoe e le karolo ea masimo a naha. Tokelo ea ho a reka hape e tla lula e le teng ’me a lokela ho khutlela ho beng ba ’ona ka Selemo sa Tokoloho.
32 Ha e le matlo a Balevi a ka har’a metse ea bona,+ Balevi ba tla lula ba e-na le tokelo ea ho a reka hape. 33 Haeba Molevi a sa reke ntlo ea hae eo a e rekisitseng motseng oo a lulang ho oona, e tla khutlela ho eena ka Selemo sa Tokoloho+ hobane ke matlo a metse ea Balevi har’a Baiseraele.+ 34 Ho feta moo, masimo+ a potolohileng metse ea bona a se ke a rekisoa hobane ke lefa la bona la ka ho sa feleng.
35 Haeba ngoan’eno ea lulang haufi le uena a futsaneha ’me a sa khone ho itlhokomela, u mo hlokomele+ e le hore a ’ne a phele joalokaha u ne u tla hlokomela molichaba.+ 36 U se ke oa batla tsoala kapa phaello ho eena.+ U tšabe Molimo oa hao+ ’me ngoan’eno o tla tsoela pele a phela. 37 U se ke oa batla phaello+ ha u mo kalima chelete kapa oa batla tsoala ha u mo fa lijo. 38 Ke ’na Jehova Molimo oa lona, ea le ntšitseng naheng ea Egepeta,+ ho le fa naha ea Kanana hore ke be Molimo oa lona.+
39 Haeba ngoan’eno ea lulang haufi le uena a futsaneha ’me a tlameha ho ithekisa ho uena hore e be lekhoba,+ u se ke oa mo qobella ho etsa mosebetsi oa makhoba.+ 40 U mo tšoare joaloka mosebeletsi ea hiriloeng+ kapa joaloka molichaba. A u sebeletse ho fihlela Selemo sa Tokoloho se fihla. 41 Joale o tla tloha ho uena hammoho le bana* ba hae ba nang le eena ’me a khutlele lelapeng la hae. A khutlele motseng oa baholo-holo ba hae.+ 42 Ke bahlanka ba ka bao ke ba ntšitseng naheng ea Egepeta.+ Ba se ke ba ithekisa bokhobeng. 43 U se ke oa mo tšoara hampe+ ’me u tšabe Molimo oa hao.+ 44 Mosebeletsi oa hao oa monna le oa mosali ba lokela ho tsoa lichabeng tse le potolohileng, le ka reka mosebeletsi oa monna kapa oa mosali ho tsona. 45 Le ka boela la reka bara ba balichaba ba lulang le lona+ le ba malapa a bona ba hlahetseng naheng ea lona hore e be basebeletsi ba lona. 46 Le ka ba fetisetsa ho bara ba lona e le lefa hore e be ba bona ka ho sa feleng. Le ka ba sebelisa e le basebeletsi empa le se ke la tšoara bana ba bo lona ba Baiseraele hampe.+
47 Empa haeba molichaba ea lulang har’a lona e e-ba morui ’me ngoan’eno ea lulang haufi le eena a futsaneha ’me a tlameha ho ithekisa ho molichaba eo kapa ho setho sa lelapa la molichaba eo, 48 o tla lula a e-na le tokelo ea ho lopolloa ka mor’a hore a ithekise. E mong oa bana babo a ka mo lopolla+ 49 kapa rangoane oa hae kapa mora oa rangoane oa hae a ka mo lopolla kapa leha e le mang ea amanang le eena haufi,* e mong oa lelapa la hae a ka mo lopolla.
Kapa haeba a ka rua, le eena a ka itopolla.+ 50 Eena le motho ea mo rekileng ba bale nako ho tloha selemong seo a ithekisitseng ka sona ho fihlela Selemong sa Tokoloho+ ’me chelete ea topollo e lokela ho lekana le lilemo.+ Nako eo a e sebelitseng e tla baloa joaloka ea mosebeletsi ea hiriloeng.+ 51 Haeba ho setse lilemo tse ngata, chelete eo a itopollang ka eona e lokela ho lekana le ea lilemo tse setseng. 52 Empa haeba ho setse lilemo tse seng kae pele Selemo sa Tokoloho se fihla, joale a ipalle chelete ea lilemo tse setseng ’me a e patale. 53 A ’ne a mo sebeletse selemo le selemo joaloka mosebeletsi ea hiriloeng ’me le etse bonnete ba hore ha a tšoaroe hampe.+ 54 Leha ho le joalo, haeba a ke ke a itopolla maemong ana, ka Selemo sa Tokoloho+ o tla lokoloha hammoho le bana* ba hae.
55 Baiseraele ke bahlanka ba ka. Ke bahlanka ba ka bao ke ba ntšitseng naheng ea Egepeta.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona.
26 Le se ke la iketsetsa melimo e se nang thuso+ ’me le se ke la emisa setšoantšo+ kapa pilara e halalelang kapa setšoantšo sa lejoe+ hore le li inamele+ naheng ea lona kaha ke ’na Jehova Molimo oa lona. 2 Le boloke lisabatha tsa ka ’me le hlomphe* sehalalelo sa ka. Ke ’na Jehova.
3 Haeba le tsoela pele ho latela litaelo tsa ka ’me le li phetha,+ 4 ke tla le nesetsa pula ka nako ea eona+ ’me naha e tla fana ka lihlahisoa tsa eona+ le lifate tsa naha li fane ka litholoana tsa tsona. 5 Nako ea lona ea ho pola e tla tsoela pele ho fihlela nako ea ho kotula morara e fihla. Nako ea ho kotula morara e tla tsoela pele ho fihlela nako ea ho jala e fihla. Le tla ja bohobe ba lona hore le khore ’me le tla lula le sireletsehile naheng ea lona.+ 6 Ke tla etsa hore ho be le khotso naheng ea lona+ ’me ha ho na motho ea tla le tšosa+ ha le robetse. Ke tla felisa liphoofolo tse hlaha tse kotsi ’me ha ho na motho ea tla le loantša. 7 Le tla lelekisa lira tsa lona ’me le tla li bolaea ka sabole. 8 Ba bahlano ba lona ba tla lelekisa ba 100 ’me ba 100 ba lona ba lelekise ba 10 000 ’me le tla bolaea lira tsa lona ka sabole.+
9 Ke tla le hlohonolofatsa* ’me ke etse hore le ngatafale.+ Ke tla boloka selekane sa ka le lona.+ 10 Ha le ntse le ja lihlahisoa tsa selemo se fetileng, le tla lokela ho li lahla e le hore tse ncha li be le sebaka. 11 Ke tla beha tabernakele ea ka har’a lona+ ’me nke ke ka le lahla. 12 Ke tla ba le lona, ke be Molimo oa lona+ ’me le tla ba sechaba sa ka.+ 13 Ke ’na Jehova Molimo oa lona ea le ntšitseng naheng ea Egepeta e le hore le se ke la hlola le e-ba makhoba a bona, ka roba lijoko tsa lona eaba ke etsa hore le tsamaee le sa tšabe letho.*
14 Leha ho le joalo, haeba le sa ’mamele kapa le sa mamele litaelo tsena tsohle+ 15 ’me haeba le sa mamele litaelo tsa ka,+ le hloile melao eohle ea ka ’me le sa tšepahalle selekane sa ka,+ 16 ke tla le otla ka lintho tse latelang: Ke tla le bakela mahlomola le lefuba le feberu tse tla foufatsa mahlo a lona le tse tla etsa hore le felloe ke matla. Le tla lema empa lira tsa lona ke tsona tse tla ja lijalo tsa lona.+ 17 Ke tla le halefela ’me lira tsa lona li tla le hlola.+ Ba le hloileng ba tla le hatella+ ’me le tla baleha ho se na motho ea le lelekisang.+
18 Haeba le ka mor’a lintho tsena le ntse le sa ’mamele, ke tla eketsa likotlo tsa lona ka makhetlo a supileng ka lebaka la libe tsa lona. 19 Ke tla etsa hore le se ke la ikhohomosa ’me le se ke la ba manganga, ke etse hore maholimo a lona a be joaloka tšepe+ le lefatše la lona le be joaloka koporo. 20 Le tla sebeletsa lefeela kaha naha ea lona e ke ke ea fana ka lihlahisoa tsa eona+ ’me le lifate tsa naha li ke ke tsa hlahisa litholoana.
21 Empa haeba le ntse le nkhanyetsa ’me le sa batle ho ’mamela, ke tla le otla ka makhetlo a mang a supileng ho latela libe tsa lona. 22 Ke tla romela liphoofolo tse hlaha ho lona.+ Li tla felisa bana ba lona+ le liphoofolo tsa lona tse ruuoang ’me palo ea lona e tla fokotseha le litsela tsa lona li tla hloka batho.+
23 Haeba le ka mor’a lintho tsena le ntse le sa ’mamele ha ke le khalemela+ ’me le ntse le nkhanyetsa, 24 joale le ’na ke tla le hanyetsa ’me ke tla le otla ka makhetlo a supileng ka lebaka la libe tsa lona. 25 Ke tla iphetetsa hobane le tlotse selekane+ seo ke se entseng le lona. Haeba le balehela metseng ea lona, ke tla romela boloetse har’a lona+ ’me lira tsa lona li tla le hlola.+ 26 Ha ke senya sebaka* seo le bolokang bohobe*+ ho sona, basali ba leshome ba tla baka bohobe ba lona ka ontong e le ’ngoe. Ba tla bekha bohobe ba lona ebe ba le fa bo bonyenyane.+ Le tla ja empa le ke ke la khora.+
27 Haeba leha ke entse lintho tsena le ntse le sa ’mamele ’me le ntse le nkhanyetsa, 28 ke tla le halefela le ho feta+ ’me ke tla eketsa likotlo tsa lona ka makhetlo a supileng ka lebaka la libe tsa lona. 29 Kahoo, le tla ja nama ea bara ba lona ’me le je le nama ea barali ba lona.+ 30 Ke tla felisa libaka tsa lona tse phahameng tse halalelang,+ ke lihe liluloana tsa lona tsa libano, ke lahlele litopo tsa lona holim’a litopo tsa litšoantšo tsa lona tse rapeloang tse nyonyehang*+ ’me ke tla le lahla+ hobane le tla be le nyontša. 31 Ke tla felisa metse ea lona+ le lihalalelo tsa lona ’me nke ke ka fofonela monko o monate* oa mahlabelo a lona. 32 Ke tla etsa hore naha ea lona e se ke ea e-ba le baahi+ ’me lira tsa lona tse tla lula ho eona li tla e makalla.+ 33 Ke tla le hasanya har’a lichaba,+ ke etse hore lira tsa lona li le loantše ka sabole.+ Naha ea lona e tla hloka baahi+ ’me metse ea lona e felisoe.
34 Ka nako eo, naha e tla lefa lisabatha tsa eona ka matsatsi ’ohle ao e se nang baahi, ha le ntse le le naheng ea lira tsa lona. Naha e tla phomola* kaha e lokela ho lefa lisabatha tsa eona.+ 35 Ka matsatsi ’ohle ao e se nang baahi e tla phomola hobane ha ea ka ea phomola nakong ea lisabatha tsa lona ha le ne le lula ho eona.
36 Ha e le ba tla pholoha+ linaheng tsa lira tsa bona, ke tla etsa hore ba tšohe ’me molumo oa lekhasi le fefohang o tla etsa hore ba balehe. Ba tla baleha joaloka motho ea balehang sabole ’me ba oe ho se ea ba lelekisang.+ 37 Ba tla hatana holimo joaloka batho ba balehang sabole le hoja ho se ea ba lelekisang. Le ke ke la hlola lira tsa lona.+ 38 Le tla felisoa har’a lichaba+ ’me le shoelle naheng ea lira tsa lona. 39 Ha e le ba tla sala, ba tla bola ka lebaka la liphoso tsa bona linaheng tsa lira tsa lona.+ Ba tla bola ka lebaka la liphoso tsa bo-ntat’a bona.+ 40 Joale ba tla bolela liphoso tsa bona+ le liphoso tsa bo-ntat’a bona hammoho le ho se tšepahale ha bona ’me ba lumele hore ha baa ntšepahalla ka hore ba nkhanyetse.+ 41 Joale le ’na ke tla ba hanyetsa+ ka ho ba tlisa naheng ea lira tsa bona.+
Mohlomong ka nako eo, lipelo tsa bona tse thata* li tla nolofala+ ’me ba lefelle liphoso tsa bona. 42 Ke tla hopola selekane sa ka le Jakobo+ le selekane sa ka le Isaka+ hape ke tla hopola selekane sa ka le Abrahama+ ’me ke hopole le naha ena. 43 Ha ba ntse ba lahlile naha, naha e tla lefa lisabatha tsa eona+ ’me e sale e se na baahi. Ba tla lefella liphoso tsa bona hobane ba lahlile melao ea ka ebile ba hloile litaelo tsa ka.+ 44 Empa le ka mor’a lintho tsena tsohle ha ba ntse ba le naheng ea lira tsa bona, nke ke ka ba lahla+ ka ho feletseng kapa ka ba hloea ho isa boholeng ba hore ke ba bolaee kaha seo e tla be e le ho tlola selekane sa ka+ le bona hobane ke ’na Jehova Molimo oa bona. 45 Molemong oa bona ke tla hopola selekane sa baholoholo ba bona,+ bao ke ba ntšitseng naheng ea Egepeta mahlong a lichaba+ e le hore ke be Molimo oa bona. Ke ’na Jehova.’”
46 Tsena ke litaelo le melao eo Jehova a e fileng Baiseraele Thabeng ea Sinai ka Moshe.+
27 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Baiseraele u re ho bona, ‘Haeba motho a etsa boitlamo+ bo khethehileng ba ho nyehela ho Jehova chelete e lekanngoang le boleng ba motho, 3 chelete e lekantsoeng bakeng sa motho e motona ea lilemo li 20 ho ea ho tse 60 e tla ba likotoana tsa silevera tse etsang boima ba likramo tse 570* ho ea ka tekanyo* e sebelisoang sebakeng se halalelang. 4 Empa haeba ke motho e motšehali, chelete e lekantsoeng e tla ba likotoana tse etsang boima ba likramo tse 342.* 5 Haeba ke motho ea lilemo li hlano ho isa ho tse 20, chelete e lekantsoeng bakeng sa e motona e tla ba likotoana tse etsang boima ba likramo tse 228* ’me bakeng sa e motšehali e be likotoana tse etsang boima ba likramo tse 114.* 6 Haeba ke motho ea nang le khoeli ho isa ho lilemo tse hlano, chelete e lekantsoeng bakeng sa e motona e tla ba likotoana tse etsang boima ba likramo tse 57* tsa silevera ’me bakeng sa e motšehali e be likotoana tse etsang boima ba likramo tse 34* tsa silevera.
7 Haeba ke motho ea lilemo li 60 ho ea holimo, chelete e lekantsoeng bakeng sa e motona e tla ba likotoana tse etsang boima ba likramo tse 171* ’me bakeng sa e motšehali e be likotoana tse etsang boima ba likramo tse 114.* 8 Empa haeba a futsanehile haholo hoo a sa khoneng ho ntša chelete+ e lekantsoeng, a ee ho moprista ’me moprista a mo bolelle hore na a patale bokae. Moprista a mo lekanyetse chelete eo a lokelang ho e patala ho ea ka seo a ka khonang ho se ntša.+
9 Haeba a etsa boitlamo ba ho fana ka phoofolo e ka nyeheloang ho Jehova, phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe eo a e fang Jehova e tla ba ntho e halalelang. 10 A ke ke a fana ka e ’ngoe bakeng sa eona kapa a fapanyetsana ka eona ka e ntle bakeng sa e mpe kapa e mpe bakeng sa e ntle. Empa haeba a fapanyetsana ka phoofolo e ’ngoe joale liphoofolo tseo ka bobeli e tla ba tse halalelang. 11 Haeba e le phoofolo e sa hloekang+ e ke keng ea tlisoa e le nyehelo ho Jehova joale a tlise phoofolo eo ka pel’a moprista. 12 Moprista a bolele hore na ke bokae ho latela hore na e ntle kapa e mpe. Theko eo moprista a e behileng ke eona e tla ntšoa. 13 Empa haeba a se a batla ho e reka, a e reke ka chelete eo moprista a itseng e ntšoe.+ Ho likotoana tse ling le tse ling tse hlano tsa silevera a eketse ka se le seng ka holimo.
14 Joale haeba motho a fa* Jehova ntlo ea hae, moprista a lekanye boleng ba eona ho latela hore na e ntle kapa e mpe. Moprista a bolele hore na e tla ba bokae+ ho latela boleng ba eona. 15 Empa haeba motho ea faneng ka ntlo ea hae a se a e batla hape, a fane ka chelete e lekantsoeng ebile ho lichelete tse hlano a boele a fane ka chelete e le ’ngoe ka holimo ’me ntlo e tla ba ea hae.
16 Haeba motho a fa Jehova karolo ea tšimo ea hae, theko ea eona e tla lekanngoa ho ea ka hore na ho hlokahala peo e kae ho e lema: Linkho tse leshome tse kholohali* tsa peo ea harese e tla ba likotoana tse etsang boima ba likramo tse 570* tsa silevera. 17 Haeba a fana ka eona Selemong sa Tokoloho,*+ theko ea eona e ke ke ea fetoha. 18 Haeba a fana ka tšimo ea hae ka mor’a Selemo sa Tokoloho, moprista a mo lekanyetse theko ea eona ho latela hore na ho setse lilemo tse kae pele Selemo sa Tokoloho se latelang se fihla ’me theko+ ea eona e lokela ho fokotsoa. 19 Empa haeba ho ka etsahala hore ea faneng ka tšimo ea hae a e lopolle, a fane ka chelete e lekantsoeng, ho lichelete tse hlano a boele a fane ka chelete e le ’ngoe ka holimo ’me e tla lula e le ea hae. 20 Haeba a sa lopolle tšimo ea hae ’me e rekisetsoa motho e mong, e ke ke ea hlola e lopolloa. 21 Ha tšimo e lokolloa ka Selemo sa Tokoloho, e tla fuoa Jehova e le ntho e halalelang. E tla ba ea baprista.+
22 Haeba motho a fa Jehova masimo ao a a rekileng empa masimo ao e se karolo ea lefa la hae,+ 23 moprista a mo lekanyetse hore na ho fihlela Selemong sa Tokoloho masimo ao ke bokae ’me hona letsatsing leo a fane ka chelete e lekantsoeng.+ Masimo ao aa halalela ho Jehova. 24 Ka Selemo sa Tokoloho, masimo a khutlele ho motho eo a rekiloeng ho eena e leng mong’a masimo.+
25 Chelete e pataloang e lekanngoe ho ea ka tekanyo* e sebelisoang sebakeng se halalelang. Tekanyo e sebelisoang e be boima ba likramo tse ka bang 11.*
26 Leha ho le joalo, ho se ke ha e-ba le motho ea fanang ka letsibolo la phoofolo kaha letsibolo ke la Jehova.+ Ebang ke la poho kapa la nku, e se e ntse e le la Jehova.+ 27 Haeba letsibolo e le la liphoofolo tse sa hloekang ’me a le lokolla ho ea ka chelete e lekantsoeng, a fane ka chelete e lekantsoeng, ho lichelete tse hlano a boele a fane ka e le ’ngoe ka holimo.+ Empa haeba le sa lopolloe le rekisoe ho ea ka chelete e lekantsoeng.
28 Haeba motho a fa Jehova phoofolo kapa motho kapa masimo, li ke ke tsa rekisoa kapa tsa lopolloa. Ke tsa Jehova ’me lia halalela ho eena.+ 29 Ho feta moo, ha ho na motho ea ahloletsoeng lefu* ea ka lopolloang+ empa o lokela ho bolaoa.+
30 Le fe Jehova tse ling tsa lihlahisoa tsa naha ea lona ebang ke tse tsoang masimong kapa ke litholoana tsa lifate. Ho tse leshome+ le mo fe e le ’ngoe. Ke ntho e halalelang ho Jehova. 31 Haeba motho a batla ho reka ntho e le ’ngoe eo a faneng ka eona, a boele a fane ka karoloana ea eona ka holimo. 32 Ha e le karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea leshome ea mohlape oa likhomo le oa linku le lipoli e leng phoofolo* e ’ngoe le e ’ngoe ea leshome e fetang tlas’a molamu oa molisa, e fuoe Jehova. 33 A se ke a hlahloba hore na e ntle kapa e mpe ’me a se ke a e chencha. Empa haeba a ka leka ho e chencha, eona le phoofolo eo a e chenchang ka eona ka bobeli li fuoe Molimo.+ Li se ke tsa lopolloa.’”
34 Tsena ke litaelo tseo Jehova a li fileng Moshe bakeng sa Baiseraele Thabeng ea Sinai.+
Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Kapa: “mohlehlo.”
Ka Seheberu: “khathollang.”
Kapa: “mohlehlo.”
Ka Seheberu: “khathollang.”
Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tšetsoeng ke mafura a mahlabelo.
Ka Seheberu: “khathollang.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “e le karolo ea sehopotso sa eona.”
Ka Seheberu: “khathollang.”
Kapa: “e le karolo ea sehopotso sa eona.”
Ka Seheberu: “khathollang.”
Ka Seheberu: “khathollang.”
Kapa: “e le karolo ea sehopotso sa eona.”
Kapa: “sehlabelo sa ho etsa khotso.”
Ka Seheberu: “khathollang.”
Ka Seheberu: “bohobe,” e leng karolo ea sehlabelo se kopanetsoeng e fuoang Molimo.
Ka Seheberu: “bohobe,” e leng karolo ea sehlabelo se kopanetsoeng e fuoang Molimo.
Ka Seheberu: “khathollang.”
Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tšetsoeng ke mafura a mahlabelo.
Ka Seheberu: “khathollang.”
Ka Seheberu: “utloa lentsoe la thohako (kano).” Mohlomong ke phatlalatso e neng e etsoa mabapi le phoso e neng e akarelletsa thohako khahlanong le mofosi kapa khahlanong le paki haeba e sa tlalehe phoso eo.
Ho bonahala bothata e le hore ha a phethahatse kano ea hae.
Ka Seheberu: “Karolo ea leshome ea efa.” Efa e lekana le lilithara tse 2,2. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “e le karolo ea sehopotso sa eona.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “shekele.”
Kapa: “liaparo tsa ka hare.”
Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tšetsoeng ke mafura a mahlabelo.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “khathollang.”
Kapa: “e le karolo ea sehopotso sa eona.”
Ka Seheberu: “Karolo ea leshome ea efa.” Efa e lekana le lilithara tse 2,2. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “khathollang.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Sheba naletsana ho Exoda 29:7.
Ho ka etsahala hore ebe ho buuoa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.
Kapa: “e le korone e halalelang.”
Kapa: “tlama ka.”
Kapa: “mohlehlo.”
Ka Seheberu: “khathollang.”
Ka Seheberu: “khathollang.”
Ka Seheberu: “ho tlatsa matsoho a lona.”
Kapa: “poli e tona.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Se thetsitse fatše ka lihlooho.
Sheba naletsana ho Exoda 29:7.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ke liphoofolo tsa naheng.”
Ka Seheberu: “tse nang le menoto e li thusang ho qhoma ha li le fatše.”
Kapa: “tsiri-tsiri.”
Maro ke karolo e ka tlase ea maoto a liphoofolo tse kang tau, katse le ntja.
Kapa: “emola peo.”
Ke nama e omeletseng e hlahang ha leqeba le fola.
Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “lepera” le ka bolela lintho tse ngata ’me le ka akareletsa mafu a fapaneng a letlalo a tšoaetsanoang. Le ka boela la akareletsa mafu a mang a fumanoang liaparong le ka matlung.
Kapa: “ka lekhetlo la bobeli.”
Kapa: “hore ha le tšoaetsanoe.”
Ka Seheberu: “letlalong la ’mele oa hae.”
Kapa: “ ’mala o sekareleta.”
Kapa: “ ’mala o sekareleta.”
Ka Seheberu: “likarolo tse tharo ho tse leshome tsa efa.” Li lekana le lilithara tse 6,6. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “loge.” E lekana le lilithara tse 0,31. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “loge.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “loge.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “karolo ea leshome ea efa.” E lekana le lilithara tse 2,2. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “loge.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “loge.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “sebeng.”
Kapa: “ ’mala o sekareleta.”
Kapa: “ ’mala o sekareleta.”
Ka Seheberu: “sebeng.”
Kapa: “ ’mala o sekareleta.”
Ke nama e omeletseng e hlahang ha leqeba le fola.
Ka Seheberu: “nameng ea hae.”
Kapa: “ ’me liaparo tsa ka hare.”
Kapa: “nama e hlobotseng.”
Mohlomong e bolela “Poli e Nyamelang.”
Taba ena e ka bolela mekhoa e fapaneng ea ho itima lintho tse itseng, e akarelletsang ho itima lijo.
Ka Seheberu: “le eo letsoho la hae le tla tlatsoa matla.”
Ka Seheberu: “khathollang.”
Ka Seheberu: “bakeng sa lipoli.”
Polelo ena ke mokhabo-puo. Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ho apola bofeela,” mona le litemaneng tse latelang.
Ka Seheberu: “ke bofeela ba ntate oa hao.”
Ka Seheberu: “apola bofeela ba ngoan’abo ntate oa hao.”
Ka Seheberu: “ke bofeela ba ngoan’eno.”
Kapa: “mahlabisa-lihlong.”
Kapa: “moahisani; motsoalle.”
E ka ’na eaba sena se ne se akareletsa ho fana ka ngoana e le sehlabelo.
Ka Seheberu: “tšabe.”
Kapa: “se khoahlapisoang.”
Kapa: “bitsetsa bomalimabe.”
Ka Seheberu: “mali.”
Kapa mohlomong: “U se ke oa ema feela ha bophelo ba motho e mong bo le kotsing.”
Ka Seheberu: “se tla lula se sa bolla.”
Kapa: “itšeha ’meleng.”
Kapa: “la etsa lithathu ’meleng.”
Ka Seheberu: “tšabe.”
Kapa: “mathuela.”
Kapa: “hlomphe.”
Ka Seheberu: “efa e nepahetseng.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “hine e nepahetseng.” Sheba Ntlha ea B14.
Polelo ena ke mokhabo-puo. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “a etsa botekatse.” Polelo ena ke mokhabo-puo. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “mathuela.”
Kapa: “ea bitsetsang bomalimabe.”
Ka Seheberu: “mali a hae a holim’a hae.”
Ka Seheberu: “o apotse bofeela ba.”
Ka Seheberu: “Mali a bona a holim’a bona.”
Ka Seheberu: “Mali a bona a holim’a bona.”
Ka Seheberu: “Mali a bona a holim’a bona.”
Kapa: “e hlabisang lihlong.”
Ka Seheberu: “Mali a bona a holim’a bona.”
Ka Seheberu: “o apotse bofeela ba khaitseli ea hae.”
Ka Seheberu: “o apotse bofeela ba.”
Ka Seheberu: “O apotse bofeela ba.”
Ka Seheberu: “Mali a hae a holim’a hae.”
Kapa: “lijo,” e leng mahlabelo.
Ka Seheberu: “bana babo.”
Sheba naletsana ho Exoda 29:7.
Kapa: “eo letsoho la hae le neng le tlatsitsoe matla.”
Lentsoe la Seheberu ne′phesh mona le amahanngoa le lentsoe la Seheberu le bolelang “ho shoa.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “kapa ea nko e tabohileng.”
Kapa mohlomong: “ea otileng haholo ka lebaka la bokuli kapa tlala.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ho ka etsahala hore ho buuoa ka baprista.
E leng motho eo e seng oa leloko la Arone.
E leng motho eo e seng oa leloko la Arone.
Ka Seheberu: “pakeng tsa lishoalane tse peli.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “likarolo tse peli ho tse leshome tsa efa.” Li lekana le lilithara tse 4,4. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “khathollang.”
Ka Seheberu: “hine.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lisabatha tse supileng.”
Ka Seheberu: “likarolo tse peli ho tse leshome tsa efa.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “khathollang.”
Taba ena e ka bolela mekhoa e fapaneng ea ho itima lintho tse itseng, e akarelletsang ho itima lijo.
Kapa mohlomong: “ea ke keng a itima lijo.”
Ka Seheberu: “ea likarolo tse peli ho tse leshome tsa efa.” Li lekana le lilithara tse 4,4. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “e le karolo ea sehopotso sa eona.”
Lena ke lebitso Jehova joalokaha ho bontšitsoe temaneng ea 15 le 16.
Kapa: “bitsetsa bomalimabe.”
Kapa: “u faole.”
Ka Seheberu: “Jubile.”
Ka Seheberu: “bara.”
Kapa: “motho leha e le ofe ea amanang le eena ka mali.”
Ka Seheberu: “bara.”
Ka Seheberu: “le tšabe.”
Ka Seheberu: “Ke tla retelehela ho lona.”
Ka Seheberu: “le tsamaee le otlolohile.”
Ka Seheberu: “molamu.” Mohlomong ho buuoa ka melamu e neng e sebelisetsoa ho fanyeha bohobe.
Kapa: “lijo.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Ka Seheberu: “khathollang.”
Kapa: “boloka sabatha.”
Ka Seheberu: “lipelo tsa bona tse sa bollang.”
Ka Seheberu: “lishekele tse 50.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “shekele.”
Ka Seheberu: “lishekele tse 30.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lishekele tse 20.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lishekele tse leshome.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lishekele tse hlano.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lishekele tse tharo.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lishekele tse 15.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lishekele tse hlano.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “halaletsa.”
Ka Seheberu: “homere e le ’ngoe.” Homere e lekana le lilithara tse 220. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lishekele tse 50.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “Jubile.”
Ka Seheberu: “shekele.”
Ka Seheberu: “ligera tse 20.” Gera e lekana le likramo tse 0,57. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “ea behelletsoeng ka thoko bakeng sa ho felisoa.”
Kapa: “hlooho.”